Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Matheu 22:23-28
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 23 Letsatsing leo Basaduse, ba reng ha ho na tsoho ea bafu,+ ba tla ho eena ba re:+ 24 “Mosuoe, Moshe o ile a re: ‘Haeba monna a shoa a se na bana, ngoan’abo o tla nyala mosali oa hae e le hore a tle a mo etsetse bana.’+ 25 Joale ho ne ho e-na le bana ba motho ba supileng. Oa pele a nyala empa a shoa a se na bana eaba ngoan’abo o nyala mohlolohali eo. 26 Ntho e tšoanang ea hlahela oa bobeli le oa boraro, ho fihlela ho oa bosupa. 27 Qetellong le eena mosali eo a shoa. 28 Ha ba se ba tsositsoe, mosali eo e tla ba oa mang ho bao ba supileng hobane kaofela ba ile ba mo nyala?”

  • Luka 20:27-33
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 27 Leha ho le joalo, ba bang ba Basaduse ba reng ha ho na tsoho ea bafu,+ ba tla ho eena ba re:+ 28 “Mosuoe, Moshe o ile a re ngolla molao o reng haeba motho a shoa a e-na le mosali empa a se na bana, ngoan’abo o tla nyala mosali oa hae e le hore a tle a mo etsetse bana.+ 29 Joale ho ne ho e-na le bana ba motho ba supileng. Eaba oa pele oa nyala empa a shoa a se na bana. 30 Oa bobeli 31 le oa boraro ba mo kenela ho fihlela ho oa bosupa empa kaofela ha bona ba shoa ba se na bana. 32 Qetellong mosali eo le eena a shoa. 33 Ha ba se ba tsositsoe, mosali eo e tla ba oa mang ho bao ba supileng hobane kaofela ba ile ba mo nyala?”

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela