-
Matheu 22:23-28Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
23 Letsatsing leo Basaduse, ba reng ha ho na tsoho ea bafu,+ ba tla ho eena ba re:+ 24 “Mosuoe, Moshe o ile a re: ‘Haeba monna a shoa a se na bana, ngoan’abo o tla nyala mosali oa hae e le hore a tle a mo etsetse bana.’+ 25 Joale ho ne ho e-na le bana ba motho ba supileng. Oa pele a nyala empa a shoa a se na bana eaba ngoan’abo o nyala mohlolohali eo. 26 Ntho e tšoanang ea hlahela oa bobeli le oa boraro, ho fihlela ho oa bosupa. 27 Qetellong le eena mosali eo a shoa. 28 Ha ba se ba tsositsoe, mosali eo e tla ba oa mang ho bao ba supileng hobane kaofela ba ile ba mo nyala?”
-
-
Mareka 12:18-23Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
18 Basaduse, ba reng ha ho na tsoho ea bafu,+ ba tla ho eena ba re:+ 19 “Mosuoe, Moshe o ile a re ngolla molao o reng haeba motho a shoa a se na ngoana, ngoan’abo o tla nyala mosali oa hae e le hore a tle a mo etsetse bana.+ 20 Ho ne ho e-na le bana ba motho ba supileng. Eaba oa pele oa nyala empa a shoa a se na bana. 21 Oa bobeli a mo kenela empa le eena a shoa a se na bana. Oa boraro le eena ka tsela e tšoanang. 22 Banna bao ba supileng kaofela ba ile ba shoa ba se na bana. Qetellong le mosali eo a shoa. 23 Ha ba se ba tsositsoe, mosali eo e tla ba oa mang ho bao ba supileng hobane kaofela ba ile ba mo nyala?”
-