-
Matheu 14:14-17Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
14 Ha a fihla lebopong, a bona batho ba bangata, a ba hauhela+ ’me a phekola ba kulang.+ 15 Empa ha letsatsi le likela barutuoa ba hae ba tla ho eena ba re: “Sebaka sena se hole haholo hape e se e le mantsiboea. E-re batho bana ba tsamaee e le hore ba ka kena metsaneng ba ithekela lijo.”+ 16 Leha ho le joalo, Jesu a re ho bona: “Ha ho hlokahale hore ba tsamaee. Lona ba feng lijo.” 17 Ba re ho eena: “Ha re na letho mona haese mahobe a mahlano le litlhapi tse peli.”
-
-
Mareka 6:35-38Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
35 Kaha e ne e se e le mantsiboea, barutuoa ba hae ba tla ho eena ba re: “Sebaka sena se hole haholo hape e se e le mantsiboea.+ 36 E-re batho bana ba tsamaee e le hore ba ka ea metseng le metsaneng e haufi ba ithekela lijo.”+ 37 Jesu a re ho bona: “Lona ba feng lijo.” Eaba ba re ho eena: “Re tlohe re e’o reka mahobe a lidenari* tse 200 ’me re a fe batho baa hore ba je?”+ 38 A re ho bona: “Tsamaeang le shebe hore na le na le mahobe a makae.” Ha ba khutla ba re: “A mahlano le litlhapi tse peli.”+
-
-
Luka 9:12, 13Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
12 Ha e e-ba mantsiboea baapostola ba hae ba tla ho eena ba re: “E-re batho bana ba tsamaee ba kene metseng e haufi, ba fumane marobalo le lijo hobane mona ho hole.”+ 13 Jesu a re ho bona: “Lona ba feng lijo.”+ Ba re: “Re na le mahobe a mahlano le litlhapi tse peli feela, ntle le haeba re ka e’o ba rekela lijo.”
-