Matheu 5:11 Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha 11 Ho thaba lona ha batho ba le rohaka,+ ba le hlorisa+ le ho le etselletsa ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe e mpe ka lebaka la ka.+ Matheu 10:22 Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha 22 Batho bohle ba tla le hloea ka lebaka la lebitso la ka+ empa ea mameletseng ho fihlela qetellong ke eena ea tla pholoha.+ Matheu 24:9 Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha 9 Ka nako eo, batho ba tla fana ka lona hore le hlorisoe+ ebile ba tla le bolaea.+ Lichaba tsohle li tla le hloea ka lebaka la lebitso la ka.+ 2 Timothea 3:12 Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha 12 Ha e le hantle, barutuoa bohle ba Kreste Jesu ba batlang ho sebeletsa Molimo ka botšepehi ba tla hlorisoa.+ 1 Petrose 2:21 Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha 21 Molimo o le khethetse bophelo bona hobane Kreste le eena o ile a utloa bohloko bakeng sa lona.+ Kreste o le behetse mohlala e le hore le mo etsise linthong tsohle.*+
11 Ho thaba lona ha batho ba le rohaka,+ ba le hlorisa+ le ho le etselletsa ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe e mpe ka lebaka la ka.+
22 Batho bohle ba tla le hloea ka lebaka la lebitso la ka+ empa ea mameletseng ho fihlela qetellong ke eena ea tla pholoha.+
9 Ka nako eo, batho ba tla fana ka lona hore le hlorisoe+ ebile ba tla le bolaea.+ Lichaba tsohle li tla le hloea ka lebaka la lebitso la ka.+
12 Ha e le hantle, barutuoa bohle ba Kreste Jesu ba batlang ho sebeletsa Molimo ka botšepehi ba tla hlorisoa.+
21 Molimo o le khethetse bophelo bona hobane Kreste le eena o ile a utloa bohloko bakeng sa lona.+ Kreste o le behetse mohlala e le hore le mo etsise linthong tsohle.*+