Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Liketso 15:28, 29
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 28 Moea o halalelang+ o re thusitse ho fihlela qeto ea hore re se ke ra le ekeletsa moroalo empa hore le ’ne le etse lintho tsena tse hlokahalang: 29 Le qobe lintho tse hlabetsoeng melimo ea litšoantšo,+ mali,+ lintho tse fenethiloeng*+ le boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano.*+ Haeba le qoba lintho tsena le tla atleha. Salang ka khotso.”*

  • 1 Bakorinthe 6:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Na ha le tsebe hore batho ba sa lokang ba ke ke ba kena ’Musong oa Molimo?+ Le se ke la khelosoa.* Batho ba tloaetseng ho etsa* boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano,*+ ba rapelang litšoantšo,+ ba febang,+ banna ba etsang thobalano le banna ba bang,*+

  • Bakolose 3:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 Kahoo, bolaeang litakatso tsa lona tse sa lokang+ e leng boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano,* ho se hloeke, takatso e sa laoleheng ea ho batla ho etsa thobalano,+ takatso ea ho batla ho utloisa batho ba bang bohloko le meharo e leng borapeli ba litšoantšo.

  • 1 Bathesalonika 4:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Molimo o batla hore le halalele+ le hore le se ke la etsa boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano.*+

  • 1 Petrose 4:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Le ile la ba le nako e lekaneng ea ho etsa lintho tse etsoang ke batho ba lefatše.+ Le ne le etsa boitšoaro bo bobe le sa soabe,* le lakatsa ho etsa lintho tse fosahetseng, le noa joala haholo, le tsamaea liphathi tse sa laoleheng tsa botahoa ebile le rapela litšoantšo e leng ntho e nyonyehang.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela