-
1 Bakorinthe 5:11Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
11 Empa ke le ngolla hore le khaotse ho itsoakanya le mang kapa mang+ ea tsejoang e le ngoan’abo rona ea tloaetseng ho etsa* boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano,* ea sa khotsofaleng,*+ ea rapelang litšoantšo, ea litlhapa, ea tahoang+ kapa ea utsoang.+ Esita le ho ja le se ke la ja le motho ea joalo.
-
-
Baefese 4:17-19Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
17 Ke bua le lona ebile ke le kopa ka lebitso la Morena hore le se ke la hlola le etsisa batho ba lichaba+ hobane ba phela feela ho ea ka menahano ea bona e se nang thuso.+ 18 Likelello tsa bona li lefifing, ba suthetse hole le bophelo bo tsoang ho Molimo hobane ha ba batle ho tseba Molimo ebile ba ithatafalitse lipelo. 19 Kaha ha ba sa na mekhoa ho hang, ba ineheletse boitšoaro bo bobe boo ba bo etsang ba sa soabe,*+ ba tloaetse ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e litšila ka meharo.
-