6Bana beso, haeba motho a etsa ntho e fosahetseng a sa hlokomele, lona Bakreste ba tšoanelehang ba tataisoang ke moea o halalelang le leke ho thusa motho eo ka bonolo.+ Empa le lona le itlhokomele+ hore le se ke la lekeha ho etsa liphoso.+
15 Le lumele ka lipelong tsa lona hore Kreste ke Morena le hore oa halalela. Le lule le itokiselitse ho ikarabella ho motho leha e le ofe ea le botsang ka tšepo eo le nang le eona. Empa ha le mo araba, le mo arabe ka bonolo+ le ka tlhompho.+