Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Liproverbia 15:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Karabo e bonolo* e leleka khalefo+

      Empa lentsoe le hlabang* le fehla bohale.+

  • Bagalata 6:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 Bana beso, haeba motho a etsa ntho e fosahetseng a sa hlokomele, lona Bakreste ba tšoanelehang ba tataisoang ke moea o halalelang le leke ho thusa motho eo ka bonolo.+ Empa le lona le itlhokomele+ hore le se ke la lekeha ho etsa liphoso.+

  • Baefese 4:1, 2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 ’Na Pauluse ea kentsoeng teronkong+ hobane ke le molateli oa Morena, ke le kopa hore le itšoare ka tsela e bontšang hore le tšoaneloa+ ke hore ebe Molimo o le khethile.* 2 Le lule le ikokobelitse,+ le le bonolo ebile le e-na le mamello.+ Le bontše hore lea ratana+ ka hore le se ke la fellana pelo.

  • 1 Timothea 6:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Ha e le uena mohlanka oa Molimo, u balehe lintho tsena. U loanele ho etsa lintho tse nepahetseng, ho sebeletsa Molimo ka botšepehi, ho ba le tumelo, lerato, mamello le bonolo.+

  • 2 Timothea 2:24, 25
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 24 Mohlanka oa Morena ha aa lokela ho loana empa o lokela ho ba bonolo ho bohle,*+ a be le bokhoni ba ho ruta, a ithibe ha a entsoe hampe,+ 25 a rute bahanyetsi ka bonolo.+ Mohlomong Molimo o tla ba fa monyetla oa hore ba bake* e le hore ba fumane tsebo e nepahetseng ea ’nete,+

  • 1 Petrose 3:15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Le lumele ka lipelong tsa lona hore Kreste ke Morena le hore oa halalela. Le lule le itokiselitse ho ikarabella ho motho leha e le ofe ea le botsang ka tšepo eo le nang le eona. Empa ha le mo araba, le mo arabe ka bonolo+ le ka tlhompho.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela