Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • bi12 Numbere 1:1-36:13
  • Numere

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Numere
  • Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
Numere

Numere

1 Eaba Jehova o bua le Moshe lefeelleng la Sinai,+ ka tenteng ea pokano,+ ka letsatsi la pele la khoeli ea bobeli selemong sa bobeli sa ha ba tsoa naheng ea Egepeta,+ o re: 2 “Balang+ phutheho eohle ea bara ba Iseraele ho ea ka malapa a bona, ho ea ka matlo a bo-ntat’a bona, ka palo ea mabitso a bona, bohle ba batona, hlooho ka ’ngoe ea bona, 3 ho tloha ka ba lilemo li mashome a mabeli ho ea holimo,+ e mong le e mong ea tsoelang lebothong la Iseraele.+ Le lokela ho ba ngolisa ho ea ka mabotho a bona, uena le Arone.

4 “Banna ba bang ba lokela ho ba le lōna, monna a le mong bakeng sa moloko o le mong; e mong le e mong ke hlooho ea ntlo ea bo-ntat’ae.+ 5 Ana ke mabitso a banna ba tla ema le lōna: Ho Rubene,+ Elizure+ mora oa Shedeure; 6 ho Simeone,+ Shelumiele+ mora oa Zurishadai; 7 ho Juda,+ Nashone+ mora oa Aminadabe; 8 ho Isakare,+ Nethaniele+ mora oa Zuare; 9 ho Zabulone,+ Eliabe+ mora oa Helone; 10 ho bara ba Josefa:+ ho Efraime,+ Elishama mora oa Amihude; ho Manase,+ Gamaliele mora oa Pedazure; 11 ho Benjamine,+ Abidane+ mora oa Gideoni; 12 ho Dane,+ Akiezere+ mora oa Amishadai; 13 ho Ashere,+ Pagiele+ mora oa Okrane; 14 ho Gade,+ Eliasafe+ mora oa Deuele;+ 15 ho Nefthali,+ Ahira+ mora oa Enane. 16 Bana ke ba bitsitsoeng ho phutheho, marenana+ a meloko ea bo-ntat’a bona. Ke lihlooho tsa ba likete ba Iseraele.”+

17 Kahoo Moshe le Arone ba nka banna bana ba neng ba khethiloe ka mabitso. 18 Eaba ba bokella phutheho eohle ka letsatsi la pele la khoeli ea bobeli, e le hore ho amoheloe lesika+ la bona mabapi le malapa a bona matlong a bo-ntat’a bona, ka ho baloa ha mabitso, ho tloha ka ba lilemo li mashome a mabeli ho ea holimo,+ hlooho ka ’ngoe ea bona, 19 feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe; eaba o ba ngolisa+ lefeelleng la Sinai.

20 Bara ba Rubene, letsibolo+ la Iseraele, tsoalo ea bona ho ea ka malapa a bona matlong a bo-ntat’a bona, ea e-ba ka palo ea mabitso, hlooho ka ’ngoe ea bona, bohle ba batona ho tloha ka ba lilemo li mashome a mabeli ho ea holimo, e mong le e mong ea tsoelang lebothong, 21 ba ngolisitsoeng molokong oa Rubene, ba ne ba le likete tse mashome a mane a metso e tšeletseng le makholo a mahlano.+

22 Ho bara ba Simeone,+ tsoalo ea bona ho ea ka malapa a bona matlong a bo-ntat’a bona, ba hae ba ngolisitsoeng ka palo ea mabitso, hlooho ka ’ngoe ea bona, bohle ba batona ho tloha ka ba lilemo li mashome a mabeli ho ea holimo, e mong le e mong ea tsoelang lebothong, 23 ba ngolisitsoeng molokong oa Simeone ba ne ba le likete tse mashome a mahlano a metso e robong le makholo a mararo.+

24 Ho bara ba Gade,+ tsoalo ea bona ho ea ka malapa a bona matlong a bo-ntat’a bona ho ea ka palo ea mabitso ho tloha ka ba lilemo li mashome a mabeli ho ea holimo, e mong le e mong ea tsoelang lebothong, 25 ba ngolisitsoeng molokong oa Gade+ ba ne ba le likete tse mashome a mane a metso e mehlano le makholo a tšeletseng le mashome a mahlano.+

26 Ho bara ba Juda,+ tsoalo ea bona ho ea ka malapa a bona matlong a bo-ntat’a bona ho ea ka palo ea mabitso ho tloha ka ba lilemo li mashome a mabeli ho ea holimo, e mong le e mong ea tsoelang lebothong, 27 ba ngolisitsoeng molokong oa Juda ba ne ba le likete tse mashome a supileng a metso e mene le makholo a tšeletseng.+

28 Ho bara ba Isakare,+ tsoalo ea bona ho ea ka malapa a bona matlong a bo-ntat’a bona ho ea ka palo ea mabitso ho tloha ka ba lilemo li mashome a mabeli ho ea holimo, e mong le e mong ea tsoelang lebothong, 29 ba ngolisitsoeng molokong oa Isakare ba ne ba le likete tse mashome a mahlano a metso e mene le makholo a mane.+

30 Ho bara ba Zabulone,+ tsoalo ea bona ho ea ka malapa a bona matlong a bo-ntat’a bona ho ea ka palo ea mabitso ho tloha ka ba lilemo li mashome a mabeli ho ea holimo, e mong le e mong ea tsoelang lebothong, 31 ba ngolisitsoeng molokong oa Zabulone ba ne ba le likete tse mashome a mahlano a metso e supileng le makholo a mane.+

32 Ho bara ba Josefa: ho bara ba Efraime,+ tsoalo ea bona ho ea ka malapa a bona matlong a bo-ntat’a bona ho ea ka palo ea mabitso ho tloha ka ba lilemo li mashome a mabeli ho ea holimo, e mong le e mong ea tsoelang lebothong, 33 ba ngolisitsoeng molokong oa Efraime+ ba ne ba le likete tse mashome a mane le makholo a mahlano.+

34 Ho bara ba Manase,+ tsoalo ea bona ho ea ka malapa a bona matlong a bo-ntat’a bona ho ea ka palo ea mabitso ho tloha ka ba lilemo li mashome a mabeli ho ea holimo, e mong le e mong ea tsoelang lebothong, 35 ba ngolisitsoeng molokong oa Manase ba ne ba le likete tse mashome a mararo a metso e ’meli le makholo a mabeli.+

36 Ho bara ba Benjamine,+ tsoalo ea bona ho ea ka malapa a bona matlong a bo-ntat’a bona ho ea ka palo ea mabitso ho tloha ka ba lilemo li mashome a mabeli ho ea holimo, e mong le e mong ea tsoelang lebothong, 37 ba ngolisitsoeng molokong oa Benjamine ba ne ba le likete tse mashome a mararo a metso e mehlano le makholo a mane.+

38 Ho bara ba Dane,+ tsoalo ea bona ho ea ka malapa a bona matlong a bo-ntat’a bona ho ea ka palo ea mabitso ho tloha ka ba lilemo li mashome a mabeli ho ea holimo, e mong le e mong ea tsoelang lebothong, 39 ba ngolisitsoeng molokong oa Dane ba ne ba le likete tse mashome a tšeletseng a metso e ’meli le makholo a supileng.+

40 Ho bara ba Ashere,+ tsoalo ea bona ho ea ka malapa a bona matlong a bo-ntat’a bona ho ea ka palo ea mabitso ho tloha ka ba lilemo li mashome a mabeli ho ea holimo, e mong le e mong ea tsoelang lebothong, 41 ba ngolisitsoeng molokong oa Ashere ba ne ba le likete tse mashome a mane a motso o mong le makholo a mahlano.+

42 Ho bara ba Nefthali,+ tsoalo ea bona ho ea ka malapa a bona matlong a bo-ntat’a bona ho ea ka palo ea mabitso ho tloha ka ba lilemo li mashome a mabeli ho ea holimo, e mong le e mong ea tsoelang lebothong, 43 ba ngolisitsoeng molokong oa Nefthali ba ne ba le likete tse mashome a mahlano a metso e meraro le makholo a mane.+

44 Bana ke ba ileng ba ngolisoa, bao Moshe a ba ngolisitseng, hammoho le Arone le marenana a Iseraele, banna ba leshome le metso e ’meli. E mong le e mong o ne a emela ntlo ea bo-ntat’ae. 45 Bohle ba ngolisitsoeng ho bara ba Iseraele ho ea ka matlo a bo-ntat’a bona ho tloha ka ba lilemo li mashome a mabeli ho ea holimo, e mong le e mong ea tsoelang lebothong Iseraele, e bile, 46 e, bohle ba ngolisitsoeng ba bile likete tse makholo a tšeletseng a metso e meraro le makholo a mahlano le mashome a mahlano.+

47 Leha ho le joalo, Balevi+ ho ea ka moloko oa bo-ntat’a bona ha baa ka ba ngolisoa hammoho le bona.+ 48 Ka lebaka leo Jehova a bua le Moshe, a re: 49 “Ke moloko oa Levi feela oo u ke keng ua o ngolisa, ’me u se ke ua o bala har’a bara ba Iseraele.+ 50 U khethe Balevi hore ba okamele tabernakele ea Bopaki+ le lisebelisoa tsohle tsa eona le ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea eona.+ Ba tla jara tabernakele le lisebelisoa+ tsohle tsa eona, ’me ba tla sebeletsa+ ho eona; ’me ba hlome liahelo ho potoloha tabernakele.+ 51 Neng kapa neng ha tabernakele e tloha, Balevi ba lokela ho e theola;+ ha tabernakele e hlomeloa liahelo, Balevi ba lokela ho e hloma; motho leha e le ofe osele ea atamelang o lokela ho bolaoa.+

52 “Bara ba Iseraele ba hlome liahelo e mong le e mong sehlopheng sa habo, ’me motho e mong le e mong a be sehlopheng+ sa habo sa meloko e meraro ka mabotho a bona. 53 Balevi ba lokela ho hloma liahelo ho potoloha tabernakele ea Bopaki, hore ho se ke ha tsoha khalefo+ khahlanong le phutheho ea bara ba Iseraele; ’me Balevi ba boloke tšebeletso e loketseng tabernakele ea Bopaki.”+

54 Bara ba Iseraele ba etsa tumellanong le sohle seo Jehova a neng a se laetse Moshe. Ba fela ba etsa joalo.+

2 Joale Jehova a bua le Moshe le Arone, a re: 2 “Bara ba Iseraele ba lokela ho hloma liahelo, motho e mong le e mong sehlopheng+ sa habo sa meloko e meraro, ka lipontšo tsa matlo a bo-ntat’a bona. Ba lokela ho hloma liahelo hohle ka pel’a tente ea pokano.

3 “Ba hlomang liahelo ka nģ’a bochabela ho elella bochaba-tsatsi e tla ba sehlopha sa meloko e meraro liahelong tsa Juda ka mabotho a sona, ’me morenana oa bara ba Juda ke Nashone+ mora oa Aminadabe. 4 Lebotho la hae le ba ngolisitsoeng ho lona ke likete tse mashome a supileng a metso e mene le makholo a tšeletseng.+ 5 Ba hlomang liahelo haufi le eena e tla ba moloko oa Isakare,+ ’me morenana oa bara ba Isakare ke Nethaniele+ mora oa Zuare. 6 Lebotho la hae le ba hae ba ngolisitsoeng ke likete tse mashome a mahlano a metso e mene le makholo a mane.+ 7 Moloko oa Zabulone; morenana oa bara ba Zabulone ke Eliabe+ mora oa Helone. 8 Lebotho la hae le ba hae ba ngolisitsoeng ke likete tse mashome a mahlano a metso e supileng le makholo a mane.+

9 “Bohle ba ngolisitsoeng liahelong tsa Juda ke likete tse lekholo le mashome a robeli a metso e tšeletseng le makholo a mane mabothong a bona. Ba lokela ho tloha e le ba pele.+

10 “Sehlopha sa meloko e meraro liahelong tsa Rubene+ se tla ba ka nģ’a boroa ka mabotho a sona, ’me morenana oa bara ba Rubene ke Elizure+ mora oa Shedeure. 11 Lebotho la hae le ba hae ba ngolisitsoeng ke likete tse mashome a mane a metso e tšeletseng le makholo a mahlano.+ 12 Ba hlomang liahelo haufi le eena e tla ba moloko oa Simeone, ’me morenana oa bara ba Simeone ke Shelumiele+ mora oa Zurishadai. 13 Lebotho la hae le ba ngolisitsoeng ho lona ke likete tse mashome a mahlano a metso e robong le makholo a mararo.+ 14 Moloko oa Gade; morenana oa bara ba Gade ke Eliasafe+ mora oa Reuele. 15 Lebotho la hae le ba ngolisitsoeng ho lona ke likete tse mashome a mane a metso e mehlano le makholo a tšeletseng le mashome a mahlano.+

16 “Bohle ba ngolisitsoeng liahelong tsa Rubene ke likete tse lekholo le mashome a mahlano a motso o mong le makholo a mane le mashome a mahlano mabothong a bona, ’me ba lokela ho tloha e le ba bobeli.+

17 “Ha tente ea pokano+ e tloha, liahelo tsa Balevi+ li tla ba bohareng ba liahelo.

“Feela joalokaha ba lokela ho hloma liahelo, ba lokela ho tloha joalo,+ e mong le e mong a le sebakeng sa hae, ho ea ka lihlopha tsa bona tsa meloko e meraro.

18 “Sehlopha sa meloko e meraro sa liahelo tsa Efraime+ ka mabotho a sona se tla ba ka nģ’a bophirimela, ’me morenana oa bara ba Efraime ke Elishama+ mora oa Amihude. 19 Lebotho la hae le ba ngolisitsoeng ho lona ke likete tse mashome a mane le makholo a mahlano.+ 20 Haufi le eena e tla ba moloko oa Manase,+ ’me morenana oa bara ba Manase ke Gamaliele+ mora oa Pedazure. 21 Lebotho la hae le ba ngolisitsoeng ho lona ke likete tse mashome a mararo a metso e ’meli le makholo a mabeli.+ 22 Moloko oa Benjamine;+ morenana oa bara ba Benjamine ke Abidane+ mora oa Gideoni. 23 Lebotho la hae le ba ngolisitsoeng ho lona ke likete tse mashome a mararo a metso e mehlano le makholo a mane.+

24 “Bohle ba ngolisitsoeng liahelong tsa Efraime ke likete tse lekholo le metso e robeli le lekholo mabothong a bona, ’me ba lokela ho tloha e le ba boraro.+

25 “Sehlopha sa meloko e meraro sa liahelo tsa Dane se tla ba ka nģ’a leboea ka mabotho a sona, ’me morenana oa bara ba Dane ke Akiezere+ mora oa Amishadai. 26 Lebotho la hae le ba ngolisitsoeng ho lona ke likete tse mashome a tšeletseng a metso e ’meli le makholo a supileng.+ 27 Ba hlomang liahelo haufi le eena e tla ba moloko oa Ashere, ’me morenana oa bara ba Ashere ke Pagiele+ mora oa Okrane. 28 Lebotho la hae le ba ngolisitsoeng ho lona ke likete tse mashome a mane a motso o mong le makholo a mahlano.+ 29 Moloko oa Nefthali;+ morenana oa bara ba Nefthali ke Ahira+ mora oa Enane. 30 Lebotho la hae le ba ngolisitsoeng ho lona ke likete tse mashome a mahlano a metso e meraro le makholo a mane.+

31 “Bohle ba ngolisitsoeng liahelong tsa Dane ke likete tse lekholo le mashome a mahlano a metso e supileng le makholo a tšeletseng. Ba lokela ho tloha e le ba ho qetela+—ho ea ka lihlopha tsa bona tsa meloko e meraro.”

32 Bana ke ba neng ba ngolisitsoe ho bara ba Iseraele ho ea ka matlo a bo-ntat’a bona; bohle ba ngolisitsoeng ba lihlopha tse mabothong a bona ba ne ba le likete tse makholo a tšeletseng a metso e meraro le makholo a mahlano le mashome a mahlano.+ 33 Empa Balevi ha baa ka ba ngolisoa+ har’a bara ba Iseraele, feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe. 34 Bara ba Iseraele ba etsa ho ea ka sohle seo Jehova a neng a se laetse Moshe.+ Ke tsela eo ka eona ba ileng ba hloma liahelo lihlopheng+ tsa bona tsa meloko e meraro, ’me ke tsela eo ba ileng ba tloha+ ka eona, e mong le e mong ka malapa a habo mabapi le matlo a bo-ntat’a bona.

3 Joale ena ke meloko ea Arone le Moshe letsatsing leo ka lona Jehova a buileng le Moshe Thabeng ea Sinai.+ 2 Ana ke mabitso a bara ba Arone: letsibolo Nadabe le Abihu,+ Eleazare+ le Ithamare.+ 3 Ana ke mabitso a bara ba Arone, baprista ba tlotsitsoeng bao matsoho a bona a neng a tlatsitsoe matla hore ba sebetse e le baprista.+ 4 Leha ho le joalo, Nadabe le Abihu ba ile ba shoa ka pel’a Jehova ha ba ne ba nyehela mollo+ oo e seng oa molao ka pel’a Jehova lefeelleng la Sinai; ha baa ka ba e-ba le bara. Empa Eleazare+ le Ithamare+ ba tsoela pele ho sebetsa e le baprista hammoho le ntat’a bona Arone.

5 Jehova a bua le Moshe, a re: 6 “Atametsa moloko oa Levi,+ ’me u o emise ka pel’a moprista Arone, ’me o mo sebeletse.+ 7 O boloke mosebetsi oa oona ho eena le mosebetsi oa oona ho phutheho eohle ka pel’a tente ea pokano ka ho phetha tšebeletso ea tabernakele. 8 O hlokomele lisebelisoa+ tsohle tsa tente ea pokano, esita le tlamo ea bara ba Iseraele ka ho phetha tšebeletso ea tabernakele.+ 9 U fane ka Balevi ho Arone le bara ba hae. Ke ba fanoeng, bao a ba filoeng ho bara ba Iseraele.+ 10 U lokela ho beha Arone le bara ba hae, ’me ba hlokomele boprista+ ba bona; motho leha e le ofe osele ea atamelang o lokela ho bolaoa.”+

11 Jehova a tsoela pele ho bua le Moshe, a re: 12 “Ha e le ’na, bona! ke nka Balevi har’a bara ba Iseraele sebakeng sa matsibolo+ ’ohle a bulang pōpelo a bara ba Iseraele; ’me Balevi e tla ba ba ka. 13 Etsoe letsibolo le leng le le leng ke la ka.+ Ka letsatsi leo ka lona ke neng ke otla letsibolo le leng le le leng naheng ea Egepeta+ ke ile ka halaletsa letsibolo le leng le le leng la Iseraele bakeng sa ka ho tloha ho motho ho ea ho phoofolo.+ E tla ba a ka. Ke ’na Jehova.”

14 Jehova a bua ka ho eketsehileng le Moshe lefeelleng la Sinai,+ a re: 15 “Ngolisa bara ba Levi ho ea ka matlo a bo-ntat’a bona ka malapa a bona. U lokela ho ngolisa+ e mong le e mong e motona ho tloha ka ea nang le khoeli ho ea holimo.” 16 Moshe a qala ho ba ngolisa ka taelo ea Jehova, feela joalokaha a ne a laetsoe. 17 Bana e bile bara ba Levi+ ka mabitso a bona: Gershone le Kohathe le Merari.+

18 Joale ana ke mabitso a bara ba Gershone ka malapa a bona: Libni le Shimei.+

19 Bara ba Kohathe+ ka malapa a bona e ne e le Amrame le Izehare,+ Hebrone le Uziele.

20 Bara ba Merari+ ka malapa a bona e ne e le Maheli+ le Mushi.+

Ana e ne e le malapa a Balevi ho ea ka matlo a bo-ntat’a bona.

21 Ho Gershone ho ne ho e-na le lelapa la Balibni+ le lelapa la Bashimei.+ Ana e ne e le malapa a Bagershone. 22 Ba ngolisitsoeng ba bona ba ne ba ngolisitsoe ho ea ka palo ea bohle ba batona ho tloha ka ba nang le khoeli ho ea holimo.+ Ba ngolisitsoeng ba bona ba ne ba le likete tse supileng le makholo a mahlano.+ 23 Malapa a Bagershone a ne a le ka mor’a tabernakele.+ A ne a hlomme liahelo ka nģ’a bophirimela. 24 Morenana oa lelapa la habo ntate bakeng sa Bagershone e ne e le Eliasafe mora oa Laele. 25 Mosebetsi oa bara ba Gershone+ ka tenteng ea pokano e ne e le tabernakele le tente,+ sekoahelo+ sa eona le lesira+ la monyako oa tente ea pokano, 26 le masela+ a lepeletseng a lebala le lesira+ la monyako oa lebala le potolohileng tabernakele le aletare, le lithapo+ tsa lona tsa tente, bakeng sa tšebeletso eohle ea lona.

27 Ho Kohathe ho ne ho e-na le lelapa la Baamrame le lelapa la Baizehare le lelapa la Bahebrone le lelapa la Bauziele. Ana e ne e le malapa a Bakohathe.+ 28 Palong ea bohle ba batona ho tloha ka ba nang le khoeli ho ea holimo ho ne ho e-na le ba likete tse robeli le makholo a tšeletseng, ba hlokometseng mosebetsi oa sebaka se halalelang.+ 29 Malapa a bara ba Kohathe a ne a hlomme liahelo ka lehlakoreng la tabernakele ka nģ’a boroa.+ 30 Morenana oa lelapa la habo ntate bakeng sa malapa a Bakohathe e ne e le Elizafane mora oa Uziele.+ 31 Mosebetsi+ oa bona e ne e le Areka+ le tafole+ le seluloana+ sa lebone le lialetare+ le lisebelisoa+ tsa sebaka se halalelang tseo ba neng ba tla sebeletsa ka tsona le lesira,+ le tšebeletso eohle ea eona.

32 Morenana oa marenana a Balevi e ne e le Eleazare+ mora oa moprista Arone, eo e neng e le molebeli oa ba hlokomelang mosebetsi oa sebaka se halalelang.

33 Ho Merari ho ne ho e-na le lelapa la Bamaheli+ le lelapa la Bamushi.+ Ana e ne e le malapa a Merari.+ 34 Ba ngolisitsoeng ba bona ho ea ka palo ea bohle ba batona ho tloha ka ba nang le khoeli ho ea holimo ba ne ba le likete tse tšeletseng le makholo a mabeli.+ 35 Morenana oa lelapa la habo ntate bakeng sa malapa a Merari e ne e le Zuriele mora oa Abikaile. Ba ne ba hlomme liahelo ka lehlakoreng la tabernakele ka nģ’a leboea.+ 36 Mosebetsi oa bara ba Merari e ne e le ho okamela liforeimi+ tsa tabernakele le maballo+ a eona le litšiea+ tsa eona le litšehetso tsa tsona tse sekoti le lisebelisoa+ tsohle tsa eona le tšebeletso+ eohle ea eona, 37 le litšiea+ tsa lebala ho potoloha le litšehetso+ tsa tsona tse sekoti le lithakhisa tsa tsona tsa tente le lithapo tsa tsona tsa tente.

38 Ba hlommeng liahelo ka pel’a tabernakele ka nģ’a bochabela, ka pel’a tente ea pokano ka nģ’a bochaba-tsatsi, e ne e le Moshe le Arone le bara ba hae, ba neng ba hlokomela mosebetsi oa sehalalelo,+ e le mosebetsi bakeng sa bara ba Iseraele. Motho leha e le ofe osele ea atamelang o ne a tla bolaoa.+

39 Bohle ba ngolisitsoeng ho Balevi bao Moshe le Arone ba ileng ba ba ngolisa ka taelo ea Jehova ka malapa a bona, bohle ba batona ho tloha ka ba nang le khoeli ho ea holimo, ba ne ba le likete tse mashome a mabeli a metso e ’meli.

40 Joale Jehova a re ho Moshe: “Ngolisa matsibolo ’ohle a matona a bara ba Iseraele ho tloha ka ba nang le khoeli ho ea holimo,+ ’me u bale mabitso a bona. 41 U nkukele Balevi—ke ’na Jehova—sebakeng sa matsibolo ’ohle har’a bara ba Iseraele,+ le liphoofolo tse ruuoang tsa Balevi sebakeng sa matsibolo ’ohle har’a liphoofolo tse ruuoang tsa bara ba Iseraele.”+ 42 Moshe a ngolisa matsibolo ’ohle har’a bara ba Iseraele, feela joalokaha Jehova a ne a mo laetse. 43 Matsibolo ’ohle a ba batona ho ea ka palo ea mabitso ho tloha ka ba nang le khoeli ho ea holimo ho ba ngolisitsoeng ho bona ea e-ba likete tse mashome a mabeli a metso e ’meli le makholo a mabeli le mashome a supileng a metso e meraro.

44 Jehova a tsoela pele ho bua le Moshe, a re: 45 “Nka Balevi sebakeng sa matsibolo ’ohle har’a bara ba Iseraele, le liphoofolo tse ruuoang tsa Balevi sebakeng sa liphoofolo tsa bona tse ruuoang; ’me Balevi e tla ba ba ka.+ Ke ’na Jehova. 46 E le tefo+ ea thekollo ea ba makholo a mabeli le mashome a supileng a metso e meraro matsibolong a bara ba Iseraele, ba fetang palo ea Balevi,+ 47 u nke lishekele tse hlano bakeng sa motho ka mong.+ U lokela ho li nka shekeleng ea sebaka se halalelang. Shekele ke ligera tse mashome a mabeli.+ 48 U fe Arone le bara ba hae chelete e le tefo ea thekollo ea ba fetang palo ea bona.” 49 Kahoo Moshe a nka chelete ea tefo ea topollo ho ba neng ba feta palo ea tefo ea thekollo ea Balevi. 50 A nka chelete ho matsibolo a bara ba Iseraele, lishekele tse sekete le makholo a mararo le mashome a tšeletseng a metso e mehlano, shekeleng ea sebaka se halalelang. 51 Joale Moshe a fa Arone le bara ba hae chelete ea tefo ea thekollo ho ea ka taelo ea Jehova, feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.

4 Joale Jehova a bua le Moshe le Arone, a re: 2 “Ho tla baloa bara ba Kohathe+ har’a bara ba Levi, ho ea ka malapa a bona ka matlung a bo-ntat’a bona, 3 ho tloha ka ba lilemo+ li mashome a mararo ho ea ho ba lilemo+ li mashome a mahlano, bohle ba eang sehlopheng+ sa tšebeletso ho etsa mosebetsi ka tenteng ea pokano.

4 “Ena ke tšebeletso ea bara ba Kohathe ka tenteng ea pokano.+ Ke ntho e halalelang ka ho fetisisa: 5 Arone le bara ba hae ba tla kena ha batho ba lulang liahelong ba tloha, ’me ba theole lesira+ le sireletsang ba koahele areka+ ea bopaki ka lona. 6 Ba behe sekoahelo sa matlalo a liqibi+ holim ’a eona ’me ka holimo ba ale lesela lohle le leputsoa ’me ba kenye lipalo tsa eona.+

7 “Ba tla ala lesela le leputsoa holim ’a tafole+ ea bohobe ba pontšo, ’me holim ’a eona ba behe lijana+ le linoelo le likotlolo+ le lijeke tsa nyehelo ea seno; ’me bohobe+ ba kamehla bo lokela ho tsoela pele bo le holim ’a eona. 8 Ba ale lesela le ’mala o sekareleta oa kokase+ holim ’a tsona, ’me ba e koahele ka sekoahelo sa matlalo a liqibi+ ’me ba kenye lipalo tsa eona.+ 9 Ba nke lesela le leputsoa ’me ba koahele seluloana+ sa lebone sa leseli le mabone+ a sona le matlao+ a sona le lipane+ tsa sona tsa mollo le lijana+ tsohle tsa sona tsa oli eo ba sebeletsang ka eona ho sona kamehla. 10 Ba se behe hammoho le lisebelisoa tsohle tsa sona ka har’a sekoahelo sa matlalo a liqibi+ ’me ba se behe holim ’a palo. 11 Ba ale lesela le leputsoa holim ’a aletare+ ea khauta, ’me ba e koahele ka sekoahelo sa matlalo a liqibi+ ’me ba kenye lipalo+ tsa eona. 12 Ba nke lisebelisoa+ tsohle tsa bosebeletsi tseo ba sebeletsang ka tsona kamehla sebakeng se halalelang, ’me ba li behe ka har’a lesela le leputsoa ba li koahele ka sekoahelo sa matlalo a liqibi+ ebe ba li beha holim ’a palo.

13 “Ba tlose molora o mafura oa aletare+ ’me ba ale lesela la boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu holim ’a eona. 14 Holim ’a eona ba behe lisebelisoa tsohle tseo ba sebeletsang ho eona ka tsona kamehla, lipane tsa mollo, lifereko le likharafu le likotlolo, lisebelisoa tsohle tsa aletare;+ ’me holim ’a eona ba ale sekoahelo sa matlalo a liqibi ’me ba kenye lipalo tsa eona.+

15 “Arone le bara ba hae ba qete ho koahela sebaka+ se halalelang le lisebelisoa+ tsohle tsa sebaka se halalelang ha batho ba lulang liahelong ba tloha, ka mor’a moo bara ba Kohathe ba tla kena ho tla li nka,+ empa ba se ke ba ama+ sebaka se halalelang e le hore ba se ke ba shoa. Lintho tsena ke mojaro oa bara ba Kohathe ka tenteng ea pokano.+

16 “Eleazare mora oa moprista Arone e tla ba molebeli+ oa oli+ ea lebone le libano+ tse nkhang hamonate le nyehelo+ ea lijo-thollo ea kamehla le oli+ e tlotsang, e be molebeli oa tabernakele le sohle se ka ho eona, e leng, sebaka se halalelang le lisebelisoa tsa sona.”

17 Jehova a bua ka ho eketsehileng le Moshe le Arone, a re: 18 “Le se ke la lumella hore moloko oa malapa a Bakohathe+ o felisoe har’a Balevi. 19 Empa le ba etsetse sena hore ruri ba tsoele pele ba phela ’me ba se ke ba shoa ka lebaka la ho atamela ha bona lintho+ tse halalelang ka ho fetisisa. Arone le bara ba hae ba tla kena, ’me ba tla abela e mong le e mong tšebeletso ea hae le mojaro oa hae. 20 Ba se ke ba kena ho tla bona lintho tse halalelang leha e le ka motsotsoana, ’me kahoo ba shoa.”+

21 Joale Jehova a bua le Moshe, a re: 22 “Ho tla baloa bara ba Gershone,+ e, bona ka matlo a bo-ntat’a bona ho ea ka malapa a bona. 23 U ba ngolise+ ho tloha ka ba lilemo li mashome a mararo ho ea ho ba lilemo li mashome a mahlano, bohle ba kenang sehlopheng sa tšebeletso hore ba sebeletse ka tenteng ea pokano. 24 Ena ke tšebeletso ea malapa a Bagershone mabapi le ho sebeletsa le mabapi le ho jara.+ 25 Ba jare masela+ a tente a tabernakele le tente ea pokano,+ sekoahelo+ sa eona le sekoahelo+ sa matlalo a liqibi se holim ’a eona, le lesira+ la monyako oa tente ea pokano, 26 le masela+ a lepeletseng a lebala le lesira+ la monyako la heke ea lebala le potolohileng tabernakele le aletare, le lithapo tsa tsona tsa tente le lisebelisoa tsohle tsa tsona tsa tšebeletso, le lintho tsohle tseo mosebetsi o etsoang ka tsona kamehla. Ba sebeletse joalo. 27 Tšebeletso eohle ea bara ba Bagershone+ e tla etsoa ka taelo ea Arone le bara+ ba hae mabapi le mejaro eohle ea bona le tšebeletso eohle ea bona, ’me le tla ba abela mejaro eohle ea bona ho ea ka mosebetsi oa bona. 28 Ena ke tšebeletso ea malapa a bara ba Bagershone+ ka tenteng ea pokano, ’me tšebeletso ea bona e tlamang e letsohong la Ithamare+ mora oa moprista Arone.

29 “Ha e le bara ba Merari,+ u tla ba ngolisa ka malapa a bona matlong a bo-ntat’a bona. 30 U tla ba ngolisa ho tloha ka ba lilemo li mashome a mararo ho ea ho ba lilemo li mashome a mahlano, bohle ba kenang sehlopheng sa tšebeletso ho sebeletsa tenteng ea pokano.+ 31 Ona ke mosebetsi oa bona, mojaro+ oa bona, ho ea ka tšebeletso eohle ea bona ka tenteng ea pokano: liforeimi+ tsa tabernakele le maballo+ a eona le litšiea+ tsa eona le litšehetso+ tsa tsona tse sekoti, 32 le litšiea+ tse potolohileng lebala le litšehetso+ tsa tsona tse sekoti le lithakhisa+ tsa tsona tsa tente le lithapo tsa tsona tsa tente hammoho le lisebelisoa tsohle tsa tsona le tšebeletso eohle ea tsona. U tla ba abela lisebelisoa tseo mosebetsi oa bona e leng ho li hlokomela e le mojaro+ oa bona, ho ea ka mabitso a bona. 33 Ena ke tšebeletso ea malapa a bara ba Merari+ ho ea ka tšebeletso eohle ea bona tenteng ea pokano, letsohong la Ithamare mora oa moprista+ Arone.”

34 Moshe le Arone le marenana+ a phutheho ba ngolisa bara ba Bakohathe+ ka malapa a bona le ka matlo a bo-ntat’a bona, 35 ho tloha ka ba lilemo li mashome a mararo+ ho ea ho ba lilemo li mashome a mahlano,+ bohle ba keneng sehlopheng sa tšebeletso bakeng sa tšebeletso tenteng ea pokano.+ 36 Ba ngolisitsoeng ho bona ka malapa a bona ea e-ba likete tse peli le makholo a supileng le mashome a mahlano.+ 37 Bana ke ba ngolisitsoeng+ ho malapa a Bakohathe, bohle ba sebeletsang tenteng ea pokano, bao Moshe le Arone ba ileng ba ba ngolisa ka taelo ea Jehova ka Moshe.

38 Ha e le ba ngolisitsoeng ho bara ba Gershone+ ka malapa a bona le ka matlo a bo-ntat’a bona, 39 ho tloha ka ba lilemo li mashome a mararo ho ea ho ba lilemo li mashome a mahlano, bohle ba keneng sehlopheng sa tšebeletso bakeng sa tšebeletso tenteng ea pokano,+ 40 ba ngolisitsoeng ho bona ka malapa a bona, ka matlo a bo-ntat’a bona, ea e-ba likete tse peli le makholo a tšeletseng le mashome a mararo.+ 41 Bana ke ba ngolisitsoeng ba malapa a bara ba Gershone, bohle ba sebeletsang tenteng ea pokano, bao Moshe le Arone ba ileng ba ba ngolisa ka taelo ea Jehova.+

42 Ha e le ba ngolisitsoeng ba malapa a bara ba Merari ka malapa a bona, ka matlo a bo-ntat’a bona, 43 ho tloha ka ba lilemo li mashome a mararo ho ea ho ba lilemo li mashome a mahlano, bohle ba kenang sehlopheng sa tšebeletso bakeng sa tšebeletso tenteng ea pokano,+ 44 ba ngolisitsoeng ho bona ka malapa a bona ea e-ba likete tse tharo le makholo a mabeli.+ 45 Bana ke ba ngolisitsoeng ba malapa a bara ba Merari, bao Moshe le Arone ba ileng ba ba ngolisa ka taelo ea Jehova ka Moshe.+

46 Bohle ba ngolisitsoeng bao Moshe le Arone le marenana a Iseraele ba ba ngolisitseng e le Balevi ka malapa a bona le ka matlo a bo-ntat’a bona, 47 ho tloha ka ba lilemo li mashome a mararo ho ea ho ba lilemo li mashome a mahlano,+ bohle ba etsang tšebeletso e boima le tšebeletso ea ho jara mejaro tenteng ea pokano,+ 48 ba ngolisitsoeng ho bona ea e-ba likete tse robeli le makholo a mahlano le mashome a robeli.+ 49 Ba ngolisoa ka taelo ea Jehova ka Moshe, e mong le e mong ho ea ka tšebeletso ea hae le ka mojaro oa hae; ’me ba ngolisoa feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.+

5 Jehova a bua ka ho eketsehileng le Moshe, a re: 2 “Laela bara ba Iseraele hore ba ntšetse ka ntle ho liahelo motho+ e mong le e mong ea nang le lepera le e mong le e mong ea nang le mohlapo o lutlang+ le e mong le e mong ea sa hloekang ka lebaka la moea o shoeleng.+ 3 Ebang ke e motona kapa ke e motšehali le lokela ho mo ntšetsa ka ntle. Le lokela ho mo ntšetsa ka ntle ho liahelo,+ hore a se ke a silafatsa+ liahelo tsa bao ke lulang ka nakoana har’a bona.”+ 4 Bara ba Iseraele ba etsa joalo, ba mo ntšetsa ka ntle ho liahelo. Feela joalokaha Jehova a ne a buile le Moshe, kahoo bara ba Iseraele ba etsa joalo.

5 Jehova a tsoela pele ho bua le Moshe, a re: 6 “Bua le bara ba Iseraele, ‘Haeba monna kapa mosali, a etsa libe leha e le life ho libe tsohle tsa moloko oa batho ka ho etsa ketso ea ho se tšepahale khahlanong le Jehova, moea oo le oona o molato.+ 7 A bolele+ libe tseo a li entseng, ’me a khutlise se lekanang le molato oa hae se feletse, hape a se eketse ka karolo ea bohlano,+ ’me a se fe eo a mo foselitseng. 8 Empa haeba ea foselitsoeng a se na mong ka eena ea haufi eo ho ka khutlisetsoang se lekanang le molato ho eena, se lekanang le molato se khutlisetsoang ho Jehova ke sa moprista, ntle ho pheleu e koahelang libe eo a tla koahela libe tsa hae ka eona.+

9 “‘Monehelo+ o mong le o mong oa lintho+ tsohle tse halalelang tsa bara ba Iseraele, tseo ba tla li hlahisa ho moprista, e lokela ho ba oa hae.+ 10 Lintho tse halalelang tsa e mong le e mong li tla lula e le tsa hae. Eng kapa eng eo e mong le e mong a e fang moprista, e tla ba ea hae.’”

11 Jehova a tsoela pele ho bua le Moshe, a re: 12 “Bua le bara ba Iseraele, u re ho bona, ‘Haeba mosali oa monna leha e le ofe a kheloha ka hore a etse ketso ea ho se tšepahale ho eena,+ 13 ’me monna e mong a robala le eena ’me a ntša peō,+ ’me ho patiloe mahlong a monna+ oa hae ebile ho lutse ho patehile, ’me mosali a itšilafalitse empa ho se paki khahlanong le eena, ’me a sa tšoaroa; 14 moea oa poulelo+ o fetetse ho monna oa hae, a belaella botšepehi ba mosali oa hae, ’me a itšilafalitse, kapa moea oa poulelo o fetetse ho eena, ’me a belaelletse botšepehi ba mosali oa hae, empa ha e le hantle a sa ka a itšilafatsa; 15 joale monna eo a tlise mosali oa hae ho moprista+ ’me a mo tlise hammoho le nyehelo ea hae, karolo ea leshome ea efa ea phofo ea harese. A se ke a e tšela ka oli kapa a beha libano+ tse tšoeu holim ’a eona, hobane ke nyehelo ea lijo-thollo ea poulelo, nyehelo ea lijo-thollo ea sehopotso e hopotsang phoso.

16 “‘Moprista a mo tlise ka pele ’me a mo emise ka pel’a Jehova.+ 17 Moprista a nke metsi a halalelang ka sejaneng sa letsopa, ’me moprista o tla nka lerōle fatše tabernakeleng, ’me a le tšele ka har’a metsi. 18 Moprista a emise mosali eo ka pel’a Jehova ebe o hlantholla moriri oa hlooho ea mosali eo ’me a behe liatleng tsa hae nyehelo ea lijo-thollo ea sehopotso, ke hore, nyehelo ea lijo-thollo ea poulelo,+ ’me letsohong la moprista ho lokela hore ho be le metsi a babang a tlisang thohako.+

19 “‘Moprista a mo hlapantše, a re ho mosali eo: “Haeba ha ho monna ea robetseng le uena ’me haeba ha u ntse u le tlas’a monna+ oa hao ha ua ka ua khelohela ho se hloekeng leha e le hofe, lokoloha liphellong tsa metsi ana a babang a tlisang thohako. 20 Empa haeba u khelohile ha u ntse u le tlas’a monna+ oa hao ’me haeba u itšilafalitse ’me monna e mong o u kentse mohlapo oa peō+ ea hae, ntle ho monna oa hao,—” 21 Joale moprista a hlapantše mosali eo ka kano e amang thohako,+ ’me moprista a re ho mosali: “E se eka Jehova a ka etsa hore u be thohako le kano har’a batho ba heno ka hore Jehova a etse hore serope+ sa hao se senyehe, le mpa ea hao e ruruhe. 22 Metsi ana a tlisang thohako a tla kena ka maleng a hao ho etsa hore mpa ea hao e ruruhe le serope sa hao se senyehe.” Mosali o tla re: “Amen! Amen!”

23 “‘Moprista a ngole lithohako tsena bukeng+ ’me a li hlakolele+ ka har’a metsi a babang. 24 A noese mosali metsi a babang a tlisang thohako,+ ’me metsi a tlisang thohako a tla kena ho eena e le ntho e babang. 25 Moprista a nke nyehelo ea lijo-thollo+ ea poulelo letsohong la mosali eo ’me a tsokele nyehelo ea lijo-thollo koana le koana ka pel’a Jehova, ’me a e atametse aletareng. 26 Moprista a qotse e ’ngoe ea nyehelo ea lijo-thollo e le khopotso+ ea eona ’me a etse hore e kubelle aletareng, ’me ka mor’a moo a noese mosali eo metsi. 27 Ha a mo noesitse metsi, haeba a itšilafalitse ka hore ebe o entse ketso ea ho se tšepahale ho monna oa hae,+ joale metsi a tlisang thohako a tla kena ho eena e le ntho e babang, ’me mpa ea hae e tla ruruha, le serope sa hae se senyehe, ’me mosali eo e tla ba thohako har’a batho ba habo.+ 28 Leha ho le joalo, haeba mosali eo a sa ka a itšilafatsa empa a hloekile, joale o tla lokoloha kotlong+ e joalo; ’me o tla imisoa ka peō.

29 “‘Ona ke molao oa poulelo,+ ha mosali a kheloha+ ha a le tlas’a monna+ oa hae, ’me a itšilafatsa, 30 kapa tabeng ea monna eo moea oa poulelo o ka fetelang ho eena, ’me a belaella mosali oa hae ka ho se tšepahale; o tla emisa mosali oa hae ka pel’a Jehova, ’me moprista a phethe molao ona oohle ho eena. 31 Monna o tla hloka molato, empa mosali eo o tla arabella phoso ea hae.’”

6 Jehova a bua ka ho eketsehileng le Moshe, a re: 2 “Bua le bara ba Iseraele u re ho bona, ‘Haeba monna kapa mosali a etsa boitlamo bo khethehileng ba ho phela joaloka Monazari+ oa Jehova, 3 o lokela ho qoba veine le joala bo tahang. Ha aa lokela ho noa asene ea veine kapa asene ea joala bo tahang,+ kapa ho noa seno leha e le sefe se entsoeng ka morara, leha e le ho ja morara ebang ke o mocha kapa o omisitsoeng. 4 Ka matsatsi ’ohle a Bonazari ba hae ha aa lokela ho ja ntho leha e le efe e entsoeng ka veine ea sefate sa morara, ho tloha ka morara o sa butsoang ho ea ho makhapetla.

5 “‘Lehare le se ke la feta hloohong ea hae ka matsatsi ’ohle a boitlamo ba hae ba Bonazari;+ ho fihlela ho phethahala matsatsi ao a khetheloang Jehova ka ’ona, o lokela ho halalela ka hore a tlohele moriri+ oa hlooho ea hae hore o hōle. 6 A se ke a atamela moea leha e le ofe o shoeleng+ ka matsatsi ’ohle a ho ipoloka ha hae a khethetsoe Jehova. 7 A se ke a itšilafatsa esita le ka ntat’ae kapa ’m ’ae kapa mor’abo kapa khaitseli ea hae ha ba shoa,+ hobane pontšo ea Bonazari ba hae ho Molimo oa hae e hloohong ea hae.

8 “‘Ka matsatsi ’ohle a Bonazari ba hae oa halalela ho Jehova. 9 Empa haeba leha e le ofe ea shoang a ka shoela haufi le eena+ ka tšohanyetso hoo a silafatsang hlooho ea Bonazari ba hae, joale a beole+ hlooho letsatsing la ho tiisa ho hloeka ha hae. O lokela ho e beola letsatsing la bosupa. 10 Letsatsing la borobeli o lokela ho tlisa maebana-khoroana a mabeli kapa maebana a mabeli ho moprista monyako oa tente ea pokano.+ 11 Moprista a nke le leng e le nyehelo ea sebe+ ’me le leng e le nyehelo ea secheso+ ’me a koahele libe tsa hae, kaha o entse sebe ka lebaka la moea o shoeleng. Joale a halaletse hlooho ea hae letsatsing leo. 12 O tla phela joaloka Monazari+ oa Jehova ka matsatsi a Bonazari ba hae, ’me a tlise pheleu e nyenyane e selemong sa eona sa pele e le nyehelo ea molato;+ matsatsi a pele a ke ke a baloa hobane o silafalitse Bonazari ba hae.

13 “‘Joale ona ke molao mabapi le Monazari: Letsatsing leo Bonazari ba hae bo phethahalang+ ka lona, o tla tlisoa monyako oa tente ea pokano. 14 A hlahise e le nyehelo ea hae ho Jehova pheleu e le ’ngoe e nyenyane e phetseng hantle e selemong sa eona sa pele e le nyehelo ea secheso+ le konyana e le ’ngoe e phetseng hantle e tšehali e selemong sa eona sa pele e le nyehelo ea sebe+ le pheleu e le ’ngoe e phetseng hantle e le sehlabelo se kopanetsoeng,+ 15 le baskete ea mahobe a sa lomosoang a lesoba hare a phofo+ e thumisehileng, a kolobisitsoeng ka oli,+ le liphaphatha tse sa lomosoang tse tlotsitsoeng ka oli,+ le nyehelo+ ea tsona ea lijo-thollo le linyehelo tsa tsona tsa seno.+ 16 Moprista a li hlahise ka pel’a Jehova ’me a fane ka nyehelo ea hae ea sebe le nyehelo ea hae ea secheso.+ 17 O tla fana ka pheleu e le sehlabelo se kopanetsoeng+ ho Jehova hammoho le baskete ea mahobe a sa lomosoang; ’me moprista o tla fana ka nyehelo ea eona ea lijo-thollo+ le nyehelo ea eona ea seno.

18 “‘Monazari a beolele+ hlooho ea Bonazari ba hae monyako oa tente ea pokano, ’me a nke moriri oa hlooho ea Bonazari ba hae a o behe mollong o tlas’a sehlabelo se kopanetsoeng. 19 Moprista a nke ka basketeng sephaka se phehiloeng+ sa pheleu le bohobe bo le bong bo sa lomosoang bo lesoba hare, le sephaphatha+ se le seng se sa lomosoang, ’me a li behe liatleng tsa Monazari ka mor’a hore a beole pontšo ea Bonazari ba hae. 20 Moprista a li tsokele koana le koana e le nyehelo e tsokoang ka pel’a Jehova.+ Ke ntho e halalelang bakeng sa moprista, hammoho le sefuba+ sa nyehelo e tsokoang le leoto la monehelo.+ ’Me ka mor’a moo Monazari a ka noa veine.+

21 “‘Ona ke molao mabapi le Monazari+ ea itlamang—nyehelo ea hae ho Jehova ka Bonazari ba hae, ntle ho seo a ka se khonang. Ho ea ka boitlamo boo a ka bo etsang, o lokela ho etsa tjena ka lebaka la molao oa Bonazari ba hae.’”

22 Joale Jehova a bua le Moshe, a re: 23 “Bua le Arone le bara ba hae, u re, ‘Ena ke tsela eo le tla hlohonolofatsa+ bara ba Iseraele ka eona, le re ho bona:

24 “E se eka Jehova a ka le hlohonolofatsa+ ’me a le boloka.+

25 E se eka Jehova a ka le khantšetsa sefahleho sa hae,+ ’me e se eka a ka le hauhela.+

26 E se eka Jehova a ka phahamisetsa sefahleho sa hae ho lōna+ ’me a le abele khotso.”’+

27 Ba tla beha lebitso la ka+ ho bara ba Iseraele, e le hore ke ba hlohonolofatse.”+

7 Joale eitse letsatsing leo Moshe a phethileng ho hloma tabernakele+ ka lona a e tlotsa+ le ho e halaletsa hammoho le thepa eohle ea eona le aletare le lisebelisoa tsohle tsa eona. Kahoo a li tlotsa ’me a li halaletsa.+ 2 Joale marenana a Iseraele,+ lihlooho tsa matlo a bo-ntat’a bona, a etsa nyehelo,+ kaha e ne e le marenana a meloko ’me a okametse ba ngolisitsoeng, 3 ’me a tlisa nyehelo ea ’ona ka pel’a Jehova, likoloi tse tšeletseng tse koahetsoeng le likhomo tse leshome le metso e ’meli, koloi bakeng sa marenana a mabeli le poho bakeng sa e mong le e mong; ’me a li hlahisa ka pel’a tabernakele. 4 Jehova a re ho Moshe: 5 “Li amohele ho ’ona, kaha li tla ntšetsa pele tšebeletso ea tente ea pokano, ’me u li fe Balevi, e mong le e mong ka ho lekana le tšebeletso ea hae.”

6 Kahoo Moshe a amohela likoloi le likhomo ’me a li fa Balevi. 7 A fa bara ba Gershone likoloi tse peli le likhomo tse ’nè ka ho lekana le tšebeletso ea bona,+ 8 eaba o fa bara ba Merari likoloi tse ’nè le likhomo tse robeli ka ho lekana le tšebeletso ea bona,+ tlas’a letsoho la Ithamare mora oa moprista Arone.+ 9 Empa a se ke a fa bara ba Kohathe letho, hobane tšebeletso ea sebaka se halalelang e ne e le ho bona.+ Ba ne ba jara ka mahetla.+

10 Joale marenana a etsa nyehelo ha ho khakoloa+ aletare letsatsing la ho tlotsoa ha eona, ’me marenana a hlahisa linyehelo tsa ’ona ka pel’a aletare. 11 Kahoo Jehova a re ho Moshe: “Morenana e mong ka letsatsi le leng le morenana e mong ka letsatsi le leng ke tsela eo ka eona ba tla hlahisa linyehelo tsa bona bakeng sa ho khakoloa ha aletare.”+

12 Joale ea hlahisang nyehelo ea hae ka letsatsi la pele ea e-ba Nashone+ mora oa Aminadabe oa moloko oa Juda. 13 Nyehelo ea hae e ne e le sejana se le seng sa silevera, boima ba sona e le lishekele tse lekholo le mashome a mararo, sekotlolo se le seng sa silevera sa lishekele tse mashome a supileng ho ea ka shekele ea sebaka se halalelang,+ ka bobeli li tletse phofo e thumisehileng e kolobisitsoeng ka oli bakeng sa nyehelo ea lijo-thollo;+ 14 senoelo se le seng sa khauta sa lishekele tse leshome, se tletseng libano;+ 15 pohoana e le ’ngoe, pheleu e le ’ngoe, konyana e le ’ngoe e tona e selemong sa eona sa pele, bakeng sa nyehelo ea secheso;+ 16 potsanyane e le ’ngoe bakeng sa nyehelo ea sebe;+ 17 ’me bakeng sa sehlabelo se kopanetsoeng+ e le likhomo tse peli, lipheleu tse hlano, liphooko tse hlano, likonyana tse hlano tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Ena e ne e le nyehelo ea Nashone mora oa Aminadabe.+

18 Letsatsing la bobeli Nethaniele+ mora oa Zuare, morenana oa Isakare, a etsa nyehelo. 19 A hlahisa e le nyehelo ea hae sejana se le seng sa silevera, boima ba sona e le lishekele tse lekholo le mashome a mararo, sekotlolo se le seng sa silevera sa lishekele tse mashome a supileng ho ea ka shekele ea sebaka se halalelang, ka bobeli li tletse phofo e thumisehileng e kolobisitsoeng ka oli bakeng sa nyehelo ea lijo-thollo;+ 20 senoelo se le seng sa khauta sa lishekele tse leshome, se tletseng libano; 21 pohoana e le ’ngoe, pheleu e le ’ngoe, konyana e le ’ngoe e tona e selemong sa eona sa pele, bakeng sa nyehelo ea secheso;+ 22 potsanyane e le ’ngoe bakeng sa nyehelo ea sebe;+ 23 ’me bakeng sa sehlabelo se kopanetsoeng+ e le likhomo tse peli, lipheleu tse hlano, liphooko tse hlano, likonyana tse hlano tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Ena e ne e le nyehelo ea Nethaniele mora oa Zuare.

24 Letsatsing la boraro ho ne ho e-na le morenana oa bara ba Zabulone, Eliabe+ mora oa Helone. 25 Nyehelo ea hae e ne e le sejana se le seng sa silevera, boima ba sona e le lishekele tse lekholo le mashome a mararo, sekotlolo se le seng sa silevera sa lishekele tse mashome a supileng ho ea ka shekele ea sebaka se halalelang, ka bobeli li tletse phofo e thumisehileng e kolobisitsoeng ka oli bakeng sa nyehelo ea lijo-thollo; 26 senoelo se le seng sa khauta sa lishekele tse leshome, se tletseng libano; 27 pohoana e le ’ngoe, pheleu e le ’ngoe, konyana e le ’ngoe e tona e selemong sa eona sa pele, bakeng sa nyehelo ea secheso;+ 28 potsanyane e le ’ngoe bakeng sa nyehelo ea sebe;+ 29 ’me bakeng sa sehlabelo se kopanetsoeng+ e le likhomo tse peli, lipheleu tse hlano, liphooko tse hlano, likonyana tse hlano tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Ena e ne e le nyehelo ea Eliabe mora oa Helone.+

30 Letsatsing la bone ho ne ho e-na le morenana oa bara ba Rubene, Elizure+ mora oa Shedeure. 31 Nyehelo ea hae e ne e le sejana se le seng sa silevera, boima ba sona e le lishekele tse lekholo le mashome a mararo, sekotlolo se le seng sa silevera sa lishekele tse mashome a supileng ho ea ka shekele ea sebaka se halalelang, ka bobeli li tletse phofo e thumisehileng e kolobisitsoeng ka oli bakeng sa nyehelo ea lijo-thollo;+ 32 senoelo se le seng sa khauta sa lishekele tse leshome, se tletseng libano; 33 pohoana e le ’ngoe, pheleu e le ’ngoe, konyana e le ’ngoe e tona e selemong sa eona sa pele, bakeng sa nyehelo ea secheso;+ 34 potsanyane e le ’ngoe bakeng sa nyehelo ea sebe;+ 35 ’me bakeng sa sehlabelo se kopanetsoeng+ e le likhomo tse peli, lipheleu tse hlano, liphooko tse hlano, likonyana tse hlano tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Ena e ne e le nyehelo ea Elizure mora oa Shedeure.+

36 Letsatsing la bohlano ho ne ho e-na le morenana oa bara ba Simeone, Shelumiele+ mora oa Zurishadai. 37 Nyehelo ea hae e ne e le sejana se le seng sa silevera, boima ba sona e le lishekele tse lekholo le mashome a mararo, sekotlolo se le seng sa silevera sa lishekele tse mashome a supileng ho ea ka shekele ea sebaka se halalelang, ka bobeli li tletse phofo e thumisehileng e kolobisitsoeng ka oli bakeng sa nyehelo ea lijo-thollo;+ 38 senoelo se le seng sa khauta sa lishekele tse leshome, se tletseng libano; 39 pohoana e le ’ngoe, pheleu e le ’ngoe, konyana e le ’ngoe e tona e selemong sa eona sa pele, bakeng sa nyehelo ea secheso;+ 40 potsanyane e le ’ngoe bakeng sa nyehelo ea sebe;+ 41 ’me bakeng sa sehlabelo se kopanetsoeng+ e le likhomo tse peli, lipheleu tse hlano, liphooko tse hlano, likonyana tse hlano tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Ena e ne e le nyehelo ea Shelumiele mora oa Zurishadai.+

42 Letsatsing la botšelela ho ne ho e-na le morenana oa bara ba Gade, Eliasafe+ mora oa Deuele. 43 Nyehelo ea hae e ne e le sejana se le seng sa silevera, boima ba sona e le lishekele tse lekholo le mashome a mararo, sekotlolo se le seng sa silevera sa lishekele tse mashome a supileng ho ea ka shekele ea sebaka se halalelang, ka bobeli li tletse phofo e thumisehileng e kolobisitsoeng ka oli bakeng sa nyehelo ea lijo-thollo;+ 44 senoelo se le seng sa khauta sa lishekele tse leshome, se tletseng libano;+ 45 pohoana e le ’ngoe, pheleu e le ’ngoe, konyana e le ’ngoe e tona e selemong sa eona sa pele, bakeng sa nyehelo ea secheso;+ 46 potsanyane e le ’ngoe bakeng sa nyehelo ea sebe;+ 47 ’me bakeng sa sehlabelo se kopanetsoeng+ e le likhomo tse peli, lipheleu tse hlano, liphooko tse hlano, likonyana tse hlano tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Ena e ne e le nyehelo ea Eliasafe mora oa Deuele.+

48 Letsatsing la bosupa ho ne ho e-na le morenana oa bara ba Efraime, Elishama+ mora oa Amihude. 49 Nyehelo ea hae e ne e le sejana se le seng sa silevera, boima ba sona e le lishekele tse lekholo le mashome a mararo, sekotlolo se le seng sa silevera sa lishekele tse mashome a supileng ho ea ka shekele ea sebaka se halalelang, ka bobeli li tletse phofo e thumisehileng e kolobisitsoeng ka oli bakeng sa nyehelo ea lijo-thollo;+ 50 senoelo se le seng sa lishekele tse leshome, se tletseng libano; 51 pohoana e le ’ngoe, pheleu e le ’ngoe, konyana e le ’ngoe e tona e selemong sa eona sa pele, bakeng sa nyehelo ea secheso;+ 52 potsanyane e le ’ngoe bakeng sa nyehelo ea sebe;+ 53 ’me bakeng sa sehlabelo se kopanetsoeng+ e le likhomo tse peli, lipheleu tse hlano, liphooko tse hlano, likonyana tse hlano tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Ena e ne e le nyehelo ea Elishama mora oa Amihude.+

54 Letsatsing la borobeli ho ne ho e-na le morenana oa bara ba Manase, Gamaliele+ mora oa Pedazure. 55 Nyehelo ea hae e ne e le sejana se le seng sa silevera, boima ba sona e le lishekele tse lekholo le mashome a mararo, sekotlolo se le seng sa silevera sa lishekele tse mashome a supileng ho ea ka shekele ea sebaka se halalelang, ka bobeli li tletse phofo e thumisehileng e kolobisitsoeng ka oli bakeng sa nyehelo ea lijo-thollo;+ 56 senoelo se le seng sa khauta sa lishekele tse leshome, se tletseng libano;+ 57 pohoana e le ’ngoe, pheleu e le ’ngoe, konyana e le ’ngoe e tona e selemong sa eona sa pele, bakeng sa nyehelo ea secheso;+ 58 potsanyane e le ’ngoe bakeng sa nyehelo ea sebe;+ 59 ’me bakeng sa sehlabelo se kopanetsoeng+ e le likhomo tse peli, lipheleu tse hlano, liphooko tse hlano, likonyana tse hlano tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Ena e ne e le nyehelo ea Gamaliele mora oa Pedazure.+

60 Letsatsing la borobong ho ne ho e-na le morenana+ oa bara ba Benjamine, Abidane+ mora oa Gideoni. 61 Nyehelo ea hae e ne e le sejana se le seng sa silevera, boima ba sona e le lishekele tse lekholo le mashome a mararo, sekotlolo se le seng sa silevera sa lishekele tse mashome a supileng ho ea ka shekele ea sebaka se halalelang, ka bobeli li tletse phofo e thumisehileng e kolobisitsoeng ka oli bakeng sa nyehelo ea lijo-thollo;+ 62 senoelo se le seng sa khauta sa lishekele tse leshome, se tletseng libano; 63 pohoana e le ’ngoe, pheleu e le ’ngoe, konyana e le ’ngoe e tona e selemong sa eona sa pele, bakeng sa nyehelo ea secheso;+ 64 potsanyane e le ’ngoe bakeng sa nyehelo ea sebe;+ 65 ’me bakeng sa sehlabelo se kopanetsoeng+ e le likhomo tse peli, lipheleu tse hlano, liphooko tse hlano, likonyana tse hlano tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Ena e ne e le nyehelo ea Abidane mora oa Gideoni.+

66 Letsatsing la leshome ho ne ho e-na le morenana oa bara ba Dane, Akiezere+ mora oa Amishadai. 67 Nyehelo ea hae e ne e le sejana se le seng sa silevera, boima ba sona e le lishekele tse lekholo le mashome a mararo, sekotlolo se le seng sa silevera sa lishekele tse mashome a supileng ho ea ka shekele ea sebaka se halalelang, ka bobeli li tletse phofo e thumisehileng e kolobisitsoeng ka oli bakeng sa nyehelo ea lijo-thollo;+ 68 senoelo se le seng sa khauta sa lishekele tse leshome, se tletseng libano; 69 pohoana e le ’ngoe, pheleu e le ’ngoe, konyana e le ’ngoe e tona e selemong sa eona sa pele, bakeng sa nyehelo ea secheso;+ 70 potsanyane e le ’ngoe bakeng sa nyehelo ea sebe;+ 71 ’me bakeng sa sehlabelo se kopanetsoeng+ e le likhomo tse peli, lipheleu tse hlano, liphooko tse hlano, likonyana tse hlano tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Ena e ne e le nyehelo ea Akiezere mora oa Amishadai.+

72 Letsatsing la leshome le motso o mong ho ne ho e-na le morenana oa bara ba Ashere, Pagiele+ mora oa Okrane. 73 Nyehelo ea hae e ne e le sejana se le seng sa silevera, boima ba sona e le lishekele tse lekholo le mashome a mararo, sekotlolo se le seng sa silevera sa lishekele tse mashome a supileng ho ea ka shekele ea sebaka se halalelang, ka bobeli li tletse phofo e thumisehileng e kolobisitsoeng ka oli bakeng sa nyehelo ea lijo-thollo;+ 74 senoelo se le seng sa khauta sa lishekele tse leshome, se tletseng libano;+ 75 pohoana e le ’ngoe, pheleu e le ’ngoe, konyana e le ’ngoe e tona e selemong sa eona sa pele, bakeng sa nyehelo ea secheso;+ 76 potsanyane e le ’ngoe bakeng sa nyehelo ea sebe;+ 77 ’me bakeng sa sehlabelo se kopanetsoeng+ e le likhomo tse peli, lipheleu tse hlano, liphooko tse hlano, likonyana tse hlano tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Ena e ne e le nyehelo ea Pagiele mora oa Okrane.+

78 Letsatsing la leshome le metso e ’meli ho ne ho e-na le morenana oa bara ba Nefthali, Ahira+ mora oa Enane. 79 Nyehelo ea hae e ne e le sejana se le seng sa silevera, boima ba sona e le lishekele tse lekholo le mashome a mararo, sekotlolo se le seng sa silevera sa lishekele tse mashome a supileng ho ea ka shekele ea sebaka se halalelang, ka bobeli li tletse phofo e thumisehileng e kolobisitsoeng ka oli bakeng sa nyehelo ea lijo-thollo;+ 80 senoelo se le seng sa khauta sa lishekele tse leshome, se tletseng libano;+ 81 pohoana e le ’ngoe, pheleu e le ’ngoe, konyana e le ’ngoe e tona e selemong sa eona sa pele, bakeng sa nyehelo ea secheso;+ 82 potsanyane e le ’ngoe bakeng sa nyehelo ea sebe;+ 83 ’me bakeng sa sehlabelo se kopanetsoeng+ e le likhomo tse peli, lipheleu tse hlano, liphooko tse hlano, likonyana tse hlano tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Ena e ne e le nyehelo ea Ahira mora oa Enane.+

84 Ena e bile nyehelo ea khakolo+ ea aletare letsatsing la ho tlotsoa ha eona, ea marenana+ a Iseraele: lijana tsa silevera tse leshome le metso e ’meli, likotlolo tsa silevera+ tse leshome le metso e ’meli, linoelo tsa khauta tse leshome le metso e ’meli; 85 lishekele tse lekholo le mashome a mararo bakeng sa sejana se seng le se seng sa silevera, le tse mashome a supileng bakeng sa sekotlolo se seng le se seng, silevera eohle ea lijana e le lishekele tse likete tse peli le makholo a mane ho ea ka shekele ea sebaka se halalelang;+ 86 linoelo tsa khauta+ tse leshome le metso e ’meli tse tletseng libano e ne e le lishekele tse leshome senoelo ka seng ho ea ka shekele ea sebaka se halalelang, khauta eohle ea linoelo e ne e le lishekele tse lekholo le mashome a mabeli; 87 liphoofolo tsohle bakeng sa nyehelo ea secheso+ e ne e le lipoho tse leshome le metso e ’meli, lipheleu tse leshome le metso e ’meli, likonyana tse tona tse leshome le metso e ’meli e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo le linyehelo tsa tsona tsa lijo-thollo,+ le lipotsanyane tse leshome le metso e ’meli bakeng sa nyehelo ea sebe;+ 88 ’me liphoofolo tsohle tsa sehlabelo se kopanetsoeng+ e ne e le lipoho tse mashome a mabeli a metso e mene, lipheleu tse mashome a tšeletseng, liphooko tse mashome a tšeletseng, likonyana tse tona tse mashome a tšeletseng e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Ena e bile nyehelo ea khakolo+ ea aletare ka mor’a ho tlotsoa ha eona.+

89 Joale neng kapa neng ha Moshe a ne a kena ka tenteng ea pokano ho ea bua le eena,+ o ne a utloa lentsoe le buang le eena le tsoa ka holim ’a sekoahelo+ se holim ’a areka ea bopaki, pakeng tsa likerubime tse peli;+ ’me o ne a bua le eena.

8 Jehova a bua le Moshe, a re: 2 “Bua le Arone, u re ho eena, ‘Neng kapa neng ha u khantša mabone, mabone a supileng a lokela ho khanyetsa sebakeng se ka pel’a seluloana sa lebone.’”+ 3 Arone a qala ho etsa joalo. A khantša mabone a sona bakeng sa sebaka se ka pel’a seluloana sa lebone,+ feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe. 4 Joale ona e ne e le moetso oa seluloana sa lebone. Se ne se entsoe ka thepa e teiloeng ka hamore. Se ne se entsoe ka thepa e teiloeng ka hamore+ ho fihlela mahlakoreng a sona le ho fihlela ho lithunthung tsa sona. Ho ea ka pono+ eo Jehova a neng a e bontšitse Moshe, o ne a entse seluloana sa lebone joalo.

5 Jehova a bua ka ho eketsehileng le Moshe, a re: 6 “Nka Balevi har’a bara ba Iseraele, ’me u ba hloekise.+ 7 Sena ke seo u lokelang ho ba etsa sona ho ba hloekisa: U ba fafatse ka metsi a hloekisang sebe,+ ’me ’mele+ eohle ea bona e beoloe ka lehare ’me ba hlatsoe liaparo+ tsa bona ’me ba itlhoekise.+ 8 Joale ba nke pohoana+ le nyehelo ea eona ea lijo-thollo+ tsa phofo e thumisehileng e kolobisitsoeng ka oli, ’me u tla nka pohoana e ’ngoe bakeng sa nyehelo ea sebe.+ 9 U hlahise Balevi ka pel’a tente ea pokano ’me u bokelle phutheho eohle ea bara ba Iseraele.+ 10 U hlahise Balevi ka pel’a Jehova, ’me bara ba Iseraele ba behe+ matsoho a bona holim ’a Balevi.+ 11 Arone o tla isa Balevi pele le morao ka pel’a Jehova e le nyehelo e tsokoang+ e tsoang ho bara ba Iseraele, ’me ba tla ntšetsa pele tšebeletso ea Jehova.+

12 “Joale Balevi ba tla beha matsoho holim ’a lihlooho tsa lipoho.+ Ka mor’a moo, u fane ka e ’ngoe e le nyehelo ea sebe ’me e ’ngoe e be nyehelo ea secheso ea Jehova ho koahela libe+ tsa Balevi. 13 U etse hore Balevi ba eme ka pel’a Arone le bara ba hae ’me u ba ise pele le morao e le nyehelo e tsokoang ho Jehova. 14 U khethe Balevi har’a bara ba Iseraele, ’me Balevi e tla ba ba ka.+ 15 Ka mor’a moo Balevi ba tla kena ho sebeletsa tenteng ea pokano.+ Kahoo u ba hloekise ’me u ba ise pele le morao e le nyehelo e tsokoang.+ 16 Etsoe ke ba fanoeng, bao ke ba filoeng har’a bara ba Iseraele.+ Ke tla inkela bona sebakeng sa ba bulang lipōpelo tsohle, matsibolo ’ohle a bara ba Iseraele.+ 17 Etsoe letsibolo le leng le le leng har’a bara ba Iseraele ke la ka, har’a batho le har’a liphoofolo.+ Letsatsing leo ka lona ke neng ke otla letsibolo le leng le le leng naheng ea Egepeta+ ke ile ka a halaletsa ho ’na.+ 18 Ke tla nka Balevi sebakeng sa matsibolo ’ohle har’a bara ba Iseraele.+ 19 Ke tla fana ka Balevi e le ba filoeng Arone le bara ba hae har’a bara ba Iseraele,+ ho ntšetsa pele tšebeletso ea bara ba Iseraele tenteng ea pokano+ le ho koahela libe tsa bara ba Iseraele, hore lefu le se ke la hlaha har’a bara ba Iseraele+ ka lebaka la hore bara ba Iseraele ba atametse sebaka se halalelang.”

20 Moshe le Arone le phutheho eohle ea bara ba Iseraele ba etsa Balevi joalo. Tumellanong le sohle seo Jehova a neng a se boleletse Moshe mabapi le Balevi, ke tsela eo bara ba Iseraele ba ileng ba ba etsa ka eona. 21 Kahoo Balevi ba itlhoekisa ’me ba hlatsoa liaparo tsa bona,+ ka mor’a moo Arone a ba isa pele le morao e le nyehelo e tsokoang ka pel’a Jehova.+ Joale Arone a koahela libe tsa bona ho ba hloekisa.+ 22 Ka mor’a moo Balevi ba kena pele bakeng sa ho ntšetsa pele tšebeletso ea bona tenteng ea pokano ka pel’a Arone le bara ba hae.+ Feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe mabapi le Balevi, kahoo ba ba etsa joalo.

23 Joale Jehova a bua le Moshe, a re: 24 “Sena ke se sebetsang ho Balevi: Ho tloha ka ea lilemo li mashome a mabeli a metso e mehlano ho ea holimo o tla kena sehlopheng tšebeletsong ea tente ea pokano. 25 Empa o tla tloha sehlopheng sa tšebeletso ka mor’a hore a be lilemo li mashome a mahlano ’me a se ke a hlola a sebeletsa. 26 O tla sebeletsa barab’abo tenteng ea pokano ka ho hlokomela mosebetsi, empa a se ke a etsa tšebeletso. Tumellanong le hoo u tla etsa Balevi joalo mesebetsing ea bona.”+

9 Jehova a bua le Moshe lefeelleng la Sinai ka selemo sa bobeli sa ha ba tsoa naheng ea Egepeta, ka khoeli+ ea pele, a re: 2 “Joale bara ba Iseraele ba lokela ho lokisa sehlabelo sa paseka+ ka nako ea sona e behiloeng.+ 3 Le lokela ho se lokisa ka nako ea sona e behiloeng letsatsing la leshome le metso e mene la khoeli ena pakeng tsa lishoalane tse peli.+ Le lokela ho se lokisa+ ho ea ka litaelo tsohle tsa sona tse hlomamisitsoeng le mekhoa ea sona e tloaelehileng.”

4 Kahoo Moshe a bua le bara ba Iseraele hore ba lokise sehlabelo sa paseka. 5 Joale ba lokisa sehlabelo sa paseka ka khoeli ea pele, letsatsing la leshome le metso e mene la khoeli pakeng tsa lishoalane tse peli, lefeelleng la Sinai. Ho ea ka sohle seo Jehova a neng a se laetse Moshe, kahoo bara ba Iseraele ba etsa joalo.+

6 Joale ho ne ho e-na le banna ba neng ba sa hloeka ka lebaka la moea+ oa motho hoo ba neng ba sa khone ho lokisa sehlabelo sa paseka ka letsatsi leo. Kahoo ba itlhahisa ka pel’a Moshe le Arone letsatsing leo.+ 7 Joale banna bao ba re ho eena: “Ha rea hloeka ka lebaka la moea oa motho. Ke hobane’ng ha re ka thibeloa ho hlahisetsa Jehova nyehelo+ ka nako ea eona e behiloeng har’a bara ba Iseraele?” 8 Eaba Moshe o re ho bona: “Emang moo, ke utloe seo Jehova a ka se laelang mabapi le lōna.”+

9 Joale Jehova a bua le Moshe, a re: 10 “Bua le bara ba Iseraele, u re, ‘Le hoja motho leha e le ofe ho lōna kapa ho meloko ea lōna e ka ba ea sa hloekang ka lebaka la moea+ kapa ka lebaka la ho ba leetong le hōle, le eena a lokisetse Jehova sehlabelo sa paseka. 11 Ba lokela ho se lokisa ka khoeli ea bobeli,+ letsatsing la leshome le metso e mene pakeng tsa lishoalane tse peli. Ba lokela ho se ja+ hammoho le mahobe a sa lomosoang le meroho e metala e babang. 12 Ba se ke ba siea letho la sona ho fihlela hoseng,+ ’me ha baa lokela ho roba lesapo leha e le lefe la sona.+ Ba lokela ho se lokisa ho ea ka taelo eohle e hlomamisitsoeng ea paseka.+ 13 Empa haeba motho a ne a hloekile kapa a ne a se leetong ’me a hlokomolohile ho lokisa sehlabelo sa paseka, joale moea oo o felisoe har’a sechaba+ sa habo oona, hobane ha oa ka oa hlahisa nyehelo ea Jehova ka nako ea eona e behiloeng. Motho eo o tla arabella sebe sa hae.+

14 “‘Haeba mojaki a lula le lōna e le mojaki, le eena a lokisetse Jehova+ sehlabelo sa paseka. Ho ea ka taelo e hlomamisitsoeng ea paseka le ho ea ka mokhoa oa eona o tloaelehileng ke tsela eo a tla etsa ka eona.+ Ho lokela hore ho be le taelo e le ’ngoe e hlomamisitsoeng bakeng sa lōna, bakeng sa mojaki le bakeng sa letsoalloa la naha.’”+

15 Joale ka letsatsi la ho hloma tabernakele+ leru la koahela tabernakele ea tente ea Bopaki,+ empa ka shoalane se bonahalang e le mollo+ sa lula holim ’a tabernakele ho fihlela hoseng. 16 Ke tsela eo ho ileng ha tsoela pele ka eona kamehla: Leru le ne le e koahela motšehare ’me se bonahalang e le mollo se ne se e koahela bosiu.+ 17 Neng kapa neng ha leru le tloha holim ’a tente, bara ba Iseraele ba ne ba tsamaea hang-hang ka mor’a moo,+ ’me sebakeng seo leru le lulang ho sona, ke moo bara ba Iseraele ba neng ba hloma liahelo teng.+ 18 Bara ba Iseraele ba ne ba tsamaea ka taelo ea Jehova, ’me ka taelo ea Jehova ba ne ba hloma liahelo.+ Ka matsatsi ’ohle ao ka ’ona leru le neng le lula holim ’a tabernakele, ba ne ba lula ba hlomme liahelo. 19 Ha leru le lula nako e telele holim ’a tabernakele ka matsatsi a mangata, bara ba Iseraele le bona ba ne ba boloka tlamo ea bona ho Jehova hore ba se ke ba tsamaea.+ 20 Ka linako tse ling leru le ne le lula matsatsi a se makae holim ’a tabernakele. Ka taelo+ ea Jehova ba ne ba lula ba hlomme liahelo, ’me ka taelo ea Jehova ba ne ba tsamaea. 21 Ka linako tse ling leru+ le ne le lula ho tloha ka shoalane ho fihlela hoseng; leru le ne le phahama hoseng, ’me ba ne ba tsamaea. Ebang e ne e le motšehare kapa bosiu ha leru le phahama, le bona ba ne ba tsamaea.+ 22 Ebang leru le ne le lula ka nako e telele holim ’a tabernakele ka matsatsi a mabeli kapa khoeli kapa matsatsi a eketsehileng, bara ba Iseraele ba ne ba lula ba hlomme liahelo ’me ba ne ba sa tsamaee, empa ha le phahama ba ne ba tsamaea.+ 23 Ba ne ba hloma liahelo ka taelo ea Jehova, ’me ka taelo ea Jehova ba ne ba tsamaea. Ba ile ba boloka tlamo+ ea bona ho Jehova ka taelo ea Jehova ka Moshe.+

10 Jehova a bua le Moshe, a re: 2 “Iketsetse literompeta+ tse peli tsa silevera. U li etse ka thepa e teiloeng ka hamore, ’me u li sebelise bakeng sa ho bokella+ phutheho le ho qhaqha liahelo. 3 Ba li letse ka bobeli, ’me phutheho eohle e boloke taetsano ea eona le uena monyako oa tente ea pokano.+ 4 Haeba ba letsa e le ’ngoe feela, marenana joalokaha e le lihlooho tsa ba likete ba Iseraele le ’ona a boloke taetsano ea ’ona le uena.+

5 “Le letse molumo o tlerolang o feto-fetohang, ’me lihlopha tsa ba hlommeng liahelo ka bochabela+ li tsamaee. 6 Ka lekhetlo la bobeli le letse molumo o tlerolang o feto-fetohang, ’me lihlopha tsa ba hlommeng liahelo ka boroa+ li tsamaee. Ba lokela ho letsa molumo o tlerolang o feto-fetohang ka lekhetlo le leng le le leng ha se seng sa tsona se tsamaea.

7 “Joale ha le bokella phutheho, le lokela ho li letsa,+ empa le se ke la letsa molumo o tlerolang o feto-fetohang. 8 Bara ba Arone, baprista, ba lokela ho letsa literompeta,+ ’me ho sebelisoa ha tsona e be taelo e hlomamisitsoeng bakeng sa lōna ho isa nakong e sa lekanyetsoang melokong ea lōna.

9 “Haeba le lokela ho loantša mohatelli ea le tšoenyang naheng ea lōna,+ le etse mohoo oa ntoa ka literompeta,+ ’me ka sebele le tla hopoloa ka pel’a Jehova Molimo oa lōna ’me le pholosoe lireng tsa lōna.+

10 “Letsatsing la ha le thabile+ le linakong tsa mekete+ ea lōna le ha likhoeli tsa lōna li thoasa,+ le letse literompeta bakeng sa linyehelo tsa lōna tsa secheso+ le mahlabelo a lōna a kopanetsoeng;+ ’me ho sebelisoa ha tsona e be sehopotso ho lōna ka pel’a Molimo oa lōna. Ke ’na Jehova Molimo+ oa lōna.”

11 Joale eitse selemong sa bobeli, ka khoeli ea bobeli, letsatsing la mashome a mabeli la khoeli,+ leru la phahama holim ’a tabernakele+ ea Bopaki. 12 Bara ba Iseraele ba qala ho tsamaea ka mokhoa oo ba tlohileng+ ka oona lefeelleng la Sinai, ’me leru la lula lefeelleng la Parane.+ 13 Ba qala ho tsamaea ka lekhetlo la pele, ho ea ka taelo ea Jehova ka Moshe.+

14 Kahoo sehlopha sa meloko e meraro sa bara ba Juda sa tloha pele ho tsohle mabothong+ a tsona, ’me Nashone+ mora oa Aminadabe o ne a okametse lebotho la sona. 15 Ea okametseng lebotho la moloko oa bara ba Isakare e ne e le Nethaniele+ mora oa Zuare. 16 Ea okametseng lebotho la moloko oa bara ba Zabulone e ne e le Eliabe mora oa Helone.+

17 Tabernakele ea theoloa,+ ’me bara ba Gershone+ le bara ba Merari+ joaloka bajari ba tabernakele ba tloha.

18 Sehlopha sa meloko e meraro sa ba lulang liahelong tsa Rubene+ sa tloha ka mabotho a sona, ’me Elizure+ mora oa Shedeure o ne a okametse lebotho la sona. 19 Ea okametseng lebotho la moloko oa bara ba Simeone+ e ne e le Shelumiele+ mora oa Zurishadai. 20 Ea okametseng lebotho la moloko oa bara ba Gade e ne e le Eliasafe+ mora oa Deuele.

21 Bakohathe joaloka bajari ba sehalalelo+ ba tloha, kaha ba ne ba tla hloma tabernakele ha ba fihla.

22 Sehlopha sa meloko e meraro sa bara ba Efraime+ sa tloha ka mabotho a sona, ’me Elishama+ mora oa Amihude o ne a okametse lebotho la sona. 23 Ea okametseng lebotho la moloko oa bara ba Manase+ e ne e le Gamaliele+ mora oa Pedazure. 24 Ea okametseng lebotho la moloko oa bara ba Benjamine+ e ne e le Abidane+ mora oa Gideoni.

25 Sehlopha sa meloko e meraro sa bara ba Dane+ sa tloha joalokaha se ne se e-na le balebeli+ ba ka morao bakeng sa batho bohle ba lulang liahelong ka mabotho a bona, ’me Akiezere+ mora oa Amishadai o ne a okametse lebotho la sona. 26 Ea okametseng lebotho la moloko oa bara ba Ashere+ e ne e le Pagiele+ mora oa Okrane. 27 Ea okametseng lebotho la moloko oa bara ba Nefthali+ e ne e le Ahira+ mora oa Enane. 28 Bara ba Iseraele ba ne ba tloha ka mokhoa ona ka mabotho a bona ha ba ne ba tsamaea.+

29 Joale Moshe a re ho Hobabe mora oa Reuele+ Momidiane, mohoe oa Moshe: “Rea tsamaea ho ea sebakeng seo Jehova a itseng ka sona, ‘Ke tla le fa sona.’+ Tsamaea le rōna, ’me ka sebele re tla u etsetsa se molemo,+ hobane Jehova o buile hantle malebana le Iseraele.”+ 30 Empa a re ho eena: “Nke ke ka tsamaea, empa ke tla ea naheng+ ea heso le ho beng ka ’na.” 31 Eaba o re: “Ka kōpo, u se ke ua re siea, hobane, ka lebaka la hore u tseba hantle moo re ka hlomang liahelo teng lefeelleng, u tla ba mahlo a rōna. 32 Etlare ha u tsamaea le rōna,+ e, molemo leha e le ofe oo Jehova a tla re etsetsa oona, le rōna, re tla u etsetsa oona.”

33 Kahoo ba tsamaea ho tloha thabeng ea Jehova+ leeto la matsatsi a mararo, ’me areka ea selekane+ sa Jehova e ne e tsamaea ka pel’a bona leeto la matsatsi a mararo ho ba batlela sebaka sa phomolo.+ 34 Leru+ la Jehova le ne le le holim ’a bona motšehare ha ba tloha liahelong.

35 E ne e re ha Areka e tloha, Moshe o ne a re: “Tsoha, Jehova, ’me lira tsa hao li ke li hasanngoe;+ ba u hloileng haholo ba ke ba balehe ka pel’a hao.”+ 36 Ha e phomola, o ne a re: “Jehova, khutlela ho limiriade tsa likete tsa Iseraele.”+

11 Joale sechaba sa e-ba joaloka batho ba nang le ntho e mpe eo ba belaelang ka eona moo Jehova a ntseng a utloa.+ Ha Jehova a ho utloa, joale bohale ba hae ba tuka, ’me mollo oa Jehova oa qala ho se chesa le ho timetsa ba bang qetellong ea liahelo.+ 2 Ha sechaba se qala ho hoeletsa ho Moshe, joale a etsa thapeli ho Jehova,+ ’me mollo oa kokobela. 3 Sebaka seo sa rehoa lebitso la Tabera,+ hobane mollo oa Jehova o ne o ba chesitse.

4 Bongata bo tsoakaneng+ bo neng bo le har’a sona ba bontša tlholohelo+ ea boithati, le bara ba Iseraele ba boela ba qala ho lla ba re: “Ke mang ea tla re fa nama re je?+ 5 Re hopotse hakaakang tlhapi eo re neng re e ja mahala+ Egepeta, likomkomere le mahapu le liliki le lieiee le konofolo! 6 Empa joale meea ea rōna e omeletse. Mahlo a rōna ha a bone letho haese manna.”+

7 Manna+ a ne a tšoana le peō ea korianda,+ ’me chebahalo ea ’ona e ne e tšoana le chebahalo ea boroku ba deliame.+ 8 Sechaba se ne se hasana se a thonaka+ ’me se a sila maloaleng a letsoho kapa se a tula ka har’a motulo, ’me se a pheha ka lipitseng+ kapa se a etsa lipolokoe, ’me tatso ea ’ona e ne e tšoana le tatso ea bohobe+ bo monate bo nang le oli. 9 Ha phoka e theohela holim ’a liahelo bosiu, manna le ’ona a ne a theohela moo.+

10 Moshe a utloa sechaba se lla malapeng a sona, motho ka mong monyako oa tente ea hae. Bohale ba Jehova ba qala ho tuka+ haholo, ’me mahlong a Moshe ho ne ho le hobe.+ 11 Joale Moshe a re ho Jehova: “Ke hobane’ng ha u tliselitse mohlanka oa hao bobe, ’me ke hobane’ng ha ke sa ka ka fumana kamohelo mahlong a hao, ka ho beha mojaro oa sechaba see sohle holim ’a ka?+ 12 Na ke emotse sechaba see sohle? Na ke ’na ea se tsoetseng, hoo u reng ho ’na, ‘Se jare sefubeng,+ feela joalokaha mohlokomeli oa monna a jara ea anyang,’+ ho se isa naheng eo u e hlapanyelitseng baholo-holo ba sona?+ 13 Ke tla e nka hokae nama hore ke e fe sechaba see sohle? Etsoe se ntse se ntelela, se re, ‘Re fe nama, re je!’ 14 ’Na ke le mong ha ke khone ho jara sechaba sena sohle, hobane se boima haholo bakeng sa ka.+ 15 Kahoo haeba ena ke tsela eo u nketsang ka eona, ka kōpo mpolaee,+ haeba ke fumane kamohelo mahlong a hao, ’me ke se ke ka talima tlokotsi ea ka.”

16 Jehova a re ho Moshe: “Mpokellele banna ba mashome a supileng har’a banna ba baholo ba Iseraele,+ bao u tsebang hore ke banna ba baholo ba sechaba le balaoli ba sona,+ ’me u ba ise tenteng ea pokano, ’me ba eme moo le uena. 17 Ke tla lokela ho theoha+ le ho bua le uena moo;+ ’me ke tla lokela ho nka o mong oa moea+ oa ka o ho uena ke o behe ho bona, ’me ba tla lokela ho u thusa ho jara mojaro oa sechaba e le hore u se ke ua o jara u le mong.+ 18 U lokela ho re ho sechaba, ‘Ikhalaletseng bakeng sa hosasane,+ kaha ka sebele le tla ja nama, hobane le llile moo Jehova+ a ntseng a utloa, la re: “Ke mang ea tla re fa nama re je, etsoe lintho li ne li re tsamaela hantle Egepeta?”+ Ka sebele Jehova o tla le fa nama, ’me ruri le tla ja.+ 19 Le ke ke la ja ka letsatsi le le leng leha e le ka matsatsi a mabeli kapa ka matsatsi a mahlano kapa ka matsatsi a leshome kapa ka matsatsi a mashome a mabeli, 20 empa le tla ja ho fihlela ka matsatsi a etsang khoeli, ho fihlela e tsoa linkong tsa lōna ’me e fetoha se nyonyehang ho lōna,+ feela kahobane le lahlile Jehova, ea har’a lōna, ’me le qalile ho lla ka pel’a hae, le re: “Ke hobane’ng ha re tsoile Egepeta?”’”+

21 Joale Moshe a re: “Sechaba seo ke leng har’a sona ke banna ba tsamaeang ka maoto ba likete tse makholo a tšeletseng,+ ’me leha ho le joalo uena—u itse, ‘Ke tla se fa nama, ’me ka sebele se tla ja ka matsatsi a etsang khoeli’! 22 Na se tla hlabeloa mehlape ea likhutšoane le mehlape ea liphoofolo tse khōlō, hore e se lekane?+ Kapa na se tla tšoasetsoa litlhapi tsohle tse leoatleng, hore li se lekane?”

23 Jehova a re ho Moshe: “Na letsoho la Jehova le lekhutšoanyane?+ Joale u tla bona hore na seo ke se buang sea u hlahela kapa che.”+

24 Ka mor’a moo Moshe a tsoa ’me a bolella sechaba mantsoe a Jehova. A qala ho bokella banna ba mashome a supileng ho banna ba baholo ba sechaba ’me a ba emisa ho potoloha tente.+ 25 Joale Jehova a theoha a le lerung+ ’me a bua le eena+ eaba o nka o mong oa moea+ o neng o le ho eena ’me o o beha ho e mong le e mong oa banna ba baholo ba mashome a supileng. Eitse hang ha moea o theohela ho bona, joale ba itšoara joaloka baprofeta; empa ha baa ka ba ho etsa hape.+

26 Joale ho ne ho e-na le banna ba babeli ba setseng liahelong. Lebitso la e mong e le Eldade, ’me lebitso la e mong e le Medade. Moea oa qala ho theohela ho bona, kaha ba ne ba le har’a ba ngotsoeng fatše, empa ba ne ba sa tsoela tenteng. Kahoo ba itšoara joaloka baprofeta liahelong. 27 Mohlankana e mong a qala ho matha ’me a tlalehela Moshe a re: “Eldade le Medade ba itšoere joaloka baprofeta liahelong!” 28 Joale Joshua mora oa Nune, mosebeletsi+ oa Moshe ho tloha bohlankaneng ba hae ho ea pele, a arabela a re: “Moshe moren ’a ka, ba thibele!”+ 29 Leha ho le joalo, Moshe a re ho eena: “Na ua mpoulella? Che, ke lakatsa eka batho bohle ba Jehova e ne e ka ba baprofeta, hobane Jehova o ne a tla beha moea oa hae ho bona!”+ 30 Hamorao Moshe a tloha a ea liahelong, eena le banna ba baholo ba Iseraele.

31 Moea+ o tsoang ho Jehova oa foka ka matla ’me oa qala ho khanna likoekoe ho tloha leoatleng+ ’me oa li lihela holim ’a liahelo hoo e ka bang leeto la letsatsi ka tsela ena le hoo e ka bang leeto la letsatsi ka tsela eane, ho potoloha liahelo, le hoo e ka bang litsoe tse peli holim ’a lefatše. 32 Sechaba sa ema letsatsi leo lohle le bosiu bohle le letsatsi lohle le hlahlamang ’me sa ’na sa bokella likoekoe. Ea bokellang ho honyenyane ka ho fetisisa o ile a bokella lihomere+ tse leshome, ’me sa ’na sa ikabela tsona ka ho pharaletseng ho potoloha liahelo ka hohle. 33 Nama e ne e sa ntse e le pakeng tsa meno+ a sona, pele e ka hlafunoa, ha bohale ba Jehova bo tukela+ sechaba, eaba Jehova o qala ho bolaea sechaba ka polao e khōlō haholo.+

34 Sebaka seo sa rehoa lebitso la Kibrothe-hatava,+ hobane moo ba ile ba pata sechaba se ileng sa bontša takatso e feteletseng ea boithati.+ 35 Ho tloha Kibrothe-hatava sechaba sa tsamaea sa ea Hazerothe, ’me sa hlola Hazerothe.+

12 Joale Miriame le Arone ba qala ho bua Moshe hampe ka lebaka la mosali oa Mokushe eo a neng a mo nkile, hobane o ne a nkile+ mosali oa Mokushe. 2 Ba ’na ba re: “Na Jehova o buile ka Moshe a le mong feela? Na ha aa bua le ka rōna?”+ Jehova o ne a mametse.+ 3 Monna enoa Moshe o ne a le bonolo+ haholo ho feta batho bohle ba neng ba le holim ’a lefatše.

4 Joale kapele Jehova a re ho Moshe le Arone le Miriame: “Tlohang, ka boraro ba lōna, le ee tenteng ea pokano.” Kahoo ba tloha ka boraro ba bona. 5 Ka mor’a moo Jehova a theoha a le topallong ea leru+ eaba o ema monyako oa tente ’me o bitsa Arone le Miriame. Eaba baa tsoa ka bobeli ba bona. 6 A tsoela pele ho re: “Ka kōpo, utloang mantsoe a ka. Haeba ho ne ho e-na le moprofeta oa Jehova ho lōna, ke ne ke tla itsebahatsa ho eena ka pono.+ Ke ne ke tla bua le eena torong.+ 7 Ha ho joalo ka mohlanka oa ka Moshe!+ Ntlo eohle ea ka e behiloe tlhokomelong ea hae.+ 8 Ke bua le eena molomo le molomo,+ kahoo ha ke mo bontše ka lilotho;+ ’me o bona+ ponahalo ea Jehova. Joale, ke hobane’ng ha le sa ka la tšaba ho bua mohlanka oa ka Moshe hampe?”+

9 Bohale ba Jehova ba ba tukela, ’me a tsamaea. 10 Leru la tloha holim ’a tente, ’me, bonang! Miriame o ne a otliloe ka lepera a soeufetse joaloka lehloa.+ Joale Arone a retelehela ho Miriame, ’me, bonang! o ne a otliloe ka lepera.+ 11 Kapele-pele Arone a re ho Moshe: “Ntšoarele, moren ’a ka! Ka kōpo, u se ke ua re balla sebe seo re se entseng ka booatla!+ 12 Ka kōpo, u se ke ua mo tlohela hore a tsoele pele a le joaloka ea shoeleng,+ eo nama ea hae e jeehileng ka ’moho nakong ea ha a tsoa pōpelong ea ’m ’ae!” 13 Moshe a qala ho hoeletsa ho Jehova, a re: “Ka kōpo, Molimo! Mo folise, ka kōpo!”+

14 Joale Jehova a re ho Moshe: “Haeba ntat’ae a ne a ka mo tšoela+ ka mathe sefahlehong, na o ne a ke ke a tlotloloha ka matsatsi a supileng? A ke a behelloe+ ka thōko ho liahelo ka matsatsi a supileng,+ ’me ka mor’a moo a amoheloe.”+ 15 Tumellanong le hoo Miriame a behelloa ka thōko ho liahelo ka matsatsi+ a supileng, ’me sechaba ha sea ka sa tsamaea ho fihlela Miriame a amohetsoe. 16 Ka mor’a moo sechaba sa tloha Hazerothe+ ’me sa hloma liahelo lefeelleng la Parane.+

13 Joale Jehova a bua le Moshe, a re: 2 “Romela banna bakeng sa hao hore ba hloele naha ea Kanana, eo ke e fang bara ba Iseraele.+ Le tla romela monna a le mong bakeng sa moloko ka mong oa bo-ntat’ae, e mong le e mong e be morenana+ har’a bona.”

3 Kahoo Moshe a ba romela ho tloha lefeelleng la Parane+ ka taelo ea Jehova. Banna bao bohle e ne e le lihlooho tsa bara ba Iseraele. 4 Ana ke mabitso a bona: Molokong oa Rubene, e le Shamua mora oa Zakure; 5 molokong oa Simeone, e le Shafate mora oa Hori; 6 molokong oa Juda, e le Kalebe+ mora oa Jefune; 7 molokong oa Isakare, e le Igale mora oa Josefa; 8 molokong oa Efraime, e le Hoshea+ mora oa Nune; 9 molokong oa Benjamine, e le Palti mora oa Rafu; 10 molokong oa Zabulone, e le Gadiele mora oa Sodi; 11 molokong oa Josefa,+ bakeng sa moloko oa Manase,+ e le Gaddi mora oa Susi; 12 molokong oa Dane, e le Amiele mora oa Gemali; 13 molokong oa Ashere, e le Sethure mora oa Mikaele; 14 molokong oa Nefthali, e le Nabi mora oa Vofsi; 15 molokong oa Gade, e le Geuele mora oa Maki. 16 Ana ke mabitso a banna bao Moshe a ileng a ba roma ho ea hloela naha. Moshe a tsoela pele ho reha Hoshea mora oa Nune lebitso la Joshua.+

17 Ha Moshe a ba roma ho ea hloela naha ea Kanana, a re ho bona: “Nyolohang mona le ee Negebe,+ ’me le nyolohele sebakeng se lithaba.+ 18 Le bone hore na naha eo e joang+ le batho ba lulang ho eona, hore na ba matla kapa baa fokola, hore na ba ’maloa kapa ba bangata; 19 le hore na naha eo ba lulang ho eona e joang, hore na e ntle kapa e mpe, le hore na metse eo ba lulang ho eona e joang, hore na ke liahelo kapa liqhobosheane; 20 le hore na naha e joang, hore na e nonne kapa e otile,+ hore na ho na le lifate ho eona kapa che. Le be sebete+ ’me le nke tse ling tsa litholoana tsa naha.” Joale matsatsi ao e ne e le matsatsi a litholoana tsa pele tse butsoitseng tsa morara.+

21 Kahoo ba nyoloha ’me ba hloela naha ho tloha lefeelleng la Zine+ ho ea Rehobe+ ho ea fihla moo ho kenoang teng Hamathe.+ 22 Ha ba nyolohela Negebe,+ joale ba fihla Hebrone.+ Joale teng ho ne ho e-na le Akimane, Sheshai le Talmai,+ ba tsoaletsoeng Anake.+ Hebrone+ e ne e hahiloe lilemo tse supileng pele ho Zooane+ ea Egepeta. 23 Ha ba fihla phuleng ea molapo o phoroselang ea Eshkole,+ joale ba khaola letlōbō le nang le lesihla le le leng la morara.+ Ba qala ho le jarisa banna ba babeli holim ’a palo, le likharenate+ le lifeiga. 24 Ba reha sebaka seo phula ea molapo o phoroselang ea Eshkole,+ ka lebaka la lesihla leo bara ba Iseraele ba le khileng moo.

25 Qetellong bofelong ba matsatsi a mashome a mane+ ba khutla ho hloeleng naha. 26 Kahoo ba tsamaea ’me ba fihla ho Moshe le Arone le phutheho eohle ea bara ba Iseraele lefeelleng la Parane, Kadeshe.+ Ba khutlisetsa lentsoe ho eena le ho phutheho eohle ’me ba ba bontša litholoana tsa naha. 27 Ba tsoela pele ho mo tlalehela ’me ba re: “Re kene naheng eo u re rometseng ho eona, ’me ruri e phalla lebese le mahe a linotši,+ ’me tsena ke litholoana tsa eona.+ 28 Leha ho le joalo, ’nete ke hore batho ba lulang naheng eo ba matla, le metse eo ea liqhobosheane e meholo haholo;+ hape, re bone ba tsoetsoeng ke Anake teng.+ 29 Baamaleke+ ba lula naheng ea Negebe,+ ’me Bahethe le Bajebuse+ le Baamore+ ba lula sebakeng se lithaba, ’me Bakanana+ ba lula pel’a leoatle le pel’a lehlakore la Jordane.”

30 Joale Kalebe+ a leka ho khutsisa sechaba pel’a Moshe ’me a tsoela pele ho re: “A re nyoloheng, ’me re tla e hapa, hobane ruri re ka e hlōla.”+ 31 Empa banna ba ileng ba nyoloha le eena ba re: “Re ke ke ra khona ho futuhela batho bao, hobane ba matla ho re feta.”+ 32 Eaba ba ntse ba tlisetsa bara ba Iseraele tlaleho e mpe+ ka naha eo ba e hloetseng, ba re: “Naha eo re fetileng ho eona ho ea e hloela, ke naha e jang baahi ba eona; ’me batho bohle bao re ba boneng har’a eona ke batho ba boholo bo sa tloaelehang.+ 33 Moo re bone Banefilime, bara ba Anake,+ ba tsoang ho Banefilime; hoo mahlong a rōna re ileng ra tšoana le marutle, le mahlong+ a bona ra ba ka tsela e tšoanang.”

14 Joale phutheho eohle ea phahamisa lentsoe, ’me sechaba sa tsoela pele ho utloahatsa lentsoe le ho lla+ bosiu boo bohle. 2 Bara bohle ba Iseraele ba qala ho korotlela Moshe le Arone,+ ’me phutheho eohle ea qala ho re khahlanong le bona: “Hoja ra shoella naheng ea Egepeta, kapa hoja ra shoella lefeelleng lena! 3 Ke hobane’ng ha Jehova a re tlisa naheng ee hore re tl’o oa ka sabole?+ Basali ba rōna le bana ba rōna ba banyenyane ba tla fetoha se tlatlapuoeng.+ Na ha ho molemo hore re khutlele Egepeta?”+ 4 Ba qala ho buisana ba re: “A re beheng moeta-pele, ’me re khutleleng Egepeta!”+

5 Moshe le Arone ba itihela fatše ka lifahleho+ ka pel’a phutheho eohle ea sehlopha sa bara ba Iseraele. 6 Joshua mora oa Nune+ le Kalebe mora oa Jefune,+ ba neng ba le har’a ba hloetseng naha, ba hahola liaparo tsa bona,+ 7 eaba ba bolella phutheho eohle ea bara ba Iseraele sena: “Naha eo re fetileng ho eona ho ea e hloela ke naha e ntle, e ntle haholo.+ 8 Haeba Jehova a khahloa ke rōna,+ joale ka sebele o tla re kenya naheng ena ’me a re fe eona, naha e phallang lebese le mahe a linotši.+ 9 Le mpe le se ke la fetohela+ Jehova; ’me le se ke la tšaba batho ba naha eo,+ etsoe ke bohobe ho rōna. Tšireletso ea bona e tlohile holim ’a bona,+ ’me Jehova o na le rōna.+ Le se ke la ba tšaba.”+

10 Leha ho le joalo, phutheho eohle ea bua ka hore e tla ba tlepetsa ka majoe.+ Eaba khanya ea Jehova e hlaha tenteng ea pokano ho bara bohle ba Iseraele.+

11 Qetellong Jehova a re ho Moshe: “Sechaba see se tla ntlhompholla+ halelele hakae,+ ’me se ke ke sa beha tumelo ho ’na bakeng sa lipontšo tsohle tseo ke li entseng har’a sona halelele hakae?+ 12 E-re ke se otle ka lefu la seoa ’me ke se leleke, ’me ke u etse sechaba se seholo le se matla ho se feta.”+

13 Empa Moshe a re ho Jehova: “Joale Baegepeta ba tla tlameha ho utloa hore uena ka matla a hao u ntšitse sechaba sena har’a bona.+ 14 Ba tla tlameha ho bolella baahi ba naha ena. Ba utloile hore ke uena Jehova ea har’a sechaba+ sena, ea hlahileng lifahleho li talimane.+ Ke uena Jehova, ’me leru la hao le eme holim ’a sona, ’me u tsamaea ka pel’a sona ka topallo ea leru motšehare le ka topallo ea mollo bosiu.+ 15 Haeba u ka bolaea sechaba sena joaloka motho a le mong,+ joale ka sebele lichaba tse utloileng ka botumo ba hao li tla re, 16 ‘Kahobane Jehova a sa khone ho kenya sechaba sena naheng eo a se hlapanyelitseng eona o se bolaetse lefeelleng.’+ 17 Joale, ka kōpo, matla a hao a ke a be maholo,+ Jehova, feela joalokaha u buile, ua re, 18 ‘Jehova, ea liehang ho halefa+ le ea tletseng mosa o lerato,+ ea tšoarelang phoso le tlōlo,+ empa ho hang a ke ke a lokolla kotlong,+ ea tlisang kotlo bakeng sa phoso ea bo-ntate ho bara, ho moloko oa boraro le ho moloko oa bone.’+ 19 Ka kōpo, tšoarela phoso ea sechaba sena ho ea ka boholo ba mosa oa hao o lerato, le feela joalokaha u tšoaretse sechaba sena ho tloha Egepeta ho fihlela joale.”+

20 Joale Jehova a re: “Kea tšoarela ho ea ka lentsoe+ la hao. 21 Ka lehlakoreng le leng, ka ’na ea phelang, lefatše lohle le tla tlatsoa khanya ea Jehova.+ 22 Empa sechaba sohle se ’nileng sa bona khanya+ ea ka le lipontšo+ tsa ka tseo ke li entseng Egepeta le lefeelleng ’me leha ho le joalo sa ’na sa nteka+ ka makhetlo ana a leshome, ’me se sa ka sa mamela lentsoe+ la ka, 23 ha ho mohla se tla bona naha eo ke e hlapanyelitseng bo-ntat’a sona, e, bohle ba ntlhomphollang ba ke ke ba e bona.+ 24 Ha e le mohlanka oa ka Kalebe,+ kahobane o na le moea o fapaneng ’me o ’nile a ntatela+ ka ho feletseng, ka sebele ke tla mo tlisa naheng eo a ileng ho eona, ’me bana ba hae ba tla e rua.+ 25 Ha Baamaleke le Bakanana+ ba ntse ba lutse khohlong, le retelehe hosasane ’me le tlohe ho ea lefeelleng ka tsela ea Leoatle le Lefubelu.”+

26 Jehova a tsoela pele ho bua le Moshe le Arone, a re: 27 “Phutheho ena e mpe e tla ntšetsa pele ho korotla hona hoo e ho etsang khahlanong le ’na halelele hakae?+ Ke utloile ho korotla ha bara ba Iseraele hoo ba nkorotlelang ka hona.+ 28 E-re ho bona, ‘“Ka ’na ea phelang,” ho bolela Jehova, “haeba nke ke ka le etsa ka tsela eo le buileng ka eona moo ke ntseng ke utloa!+ 29 Litopo tsa lōna li tla oa+ lefeelleng lena, e, bohle ba ngolisitsoeng har’a lōna palong eohle ea lōna ho tloha ka ba lilemo li mashome a mabeli ho ea holimo, lōna ba nkorotletseng.+ 30 Ha e le lōna, le ke ke la kena naheng eo ke phahamisitseng letsoho+ la ka ka kano hore ke tla lula le lōna ho eona, haese Kalebe mora oa Jefune le Joshua mora oa Nune.+

31 “‘“Bana ba lōna ba banyenyane bao le itseng ba tla fetoha se tlatlapuoeng,+ ka sebele le bona ke tla ba kenya ho eona, ’me ruri ba tla tseba naha eo le e lahlileng.+ 32 Empa litopo tsa lōna li tla oa lefeelleng+ lena. 33 Bara ba lōna ba tla fetoha balisa lefeelleng+ ka lilemo tse mashome a mane, ’me ba tla lokela ho arabella liketso tsa lōna tsa bohlola,+ ho fihlela litopo tsa lōna li fella lefeelleng.+ 34 Ho ea ka palo ea matsatsi ao le hloetseng naha ka ’ona, matsatsi a mashome a mane,+ letsatsi bakeng sa selemo, letsatsi bakeng sa selemo,+ le tla arabella liphoso tsa lōna ka lilemo tse mashome a mane,+ etsoe le tla tseba se boleloang ke ho khaohana le ’na.+

35 “‘“’Na Jehova ke buile haeba sena hase seo ke tla se etsa ho phutheho+ ena eohle e mpe, e bokaneng khahlanong le ’na: E tla fella lefeelleng lena, ’me e tla shoella moo.+ 36 Banna bao Moshe a ba rometseng ho hloela naha le bao, ha ba khutla, ba ileng ba qala ho etsa hore phutheho eohle e mo korotlele, ka ho tlisa tlaleho e mpe ka naha eo,+ 37 e, banna ba tlisitseng tlaleho e mpe ka naha ba tla bolaoa ke lefu la seoa ka pel’a Jehova.+ 38 Empa Joshua mora oa Nune le Kalebe mora oa Jefune ka sebele ba tla tsoela pele ba phela, har’a banna ba ileng ba ea hloela naha.”’”+

39 Ha Moshe a bolella bara bohle ba Iseraele mantsoe ana, joale sechaba sa qala ho siama haholo.+ 40 Ho feta moo, sa tsoha hoseng haholo ’me sa leka ho nyolohela tlhōrōng ea thaba, sa re: “Ke rōna bana, ’me re lokela ho nyolohela sebakeng seo Jehova a se boletseng. Etsoe re entse sebe.”+ 41 Empa Moshe a re: “Ke hobane’ng ha le tlōla taelo ea Jehova?+ Empa seo se ke ke sa atleha. 42 Le se ke la nyoloha, hobane Jehova ha a har’a lōna, e le hore le se ke la hlōloa ka pel’a lira tsa lōna.+ 43 Etsoe Baamaleke le Bakanana ba teng ka pel’a lōna;+ ’me ka sebele le tla oa ka sabole, hobane, ka lebaka la hore le furaletse ho latela Jehova, Jehova a ke ke a tsoela pele a e-na le lōna.”+

44 Leha ho le joalo, ba iketelletsa pele ho nyolohela tlhōrōng ea thaba,+ empa areka ea selekane sa Jehova le Moshe ha baa ka ba tloha har’a liahelo.+ 45 Joale Baamaleke+ le Bakanana ba neng ba lula thabeng ba theoha ’me ba qala ho ba hlasela ’me ba qala ho ba hasanya ho ea fihla Horma.+

15 Jehova a bua ka ho eketsehileng le Moshe, a re: 2 “Bua le bara ba Iseraele, u re ho bona, ‘Qetellong ha le fihla naheng ea libaka tsa lōna tsa bolulo, eo ke le fang eona,+ 3 ’me le hlahisetsa Jehova+ nyehelo e entsoeng ka mollo, nyehelo ea secheso+ kapa sehlabelo bakeng sa ho phetha boitlamo bo khethehileng kapa ba boithaopo+ kapa nakong ea mekete ea lōna e bang ka linako tse itseng,+ bakeng sa ho etsetsa Jehova+ monko o khathollang, ho tsoa mohlapeng oa liphoofolo tse khōlō kapa ho tsoa mohlapeng oa likhutšoane; 4 ea hlahisang nyehelo ea hae a boele a hlahisetse Jehova nyehelo ea lijo-thollo ea phofo e thumisehileng,+ karolo ea leshome ea efa, e kolobisitsoeng ka karolo ea bone ea hine ea oli. 5 Le lokela ho fana ka veine e le nyehelo ea seno,+ karolo ea bone ea hine, hammoho le nyehelo ea secheso kapa bakeng sa sehlabelo sa konyana ka ’ngoe e tona. 6 Kapa bakeng sa pheleu u lokela ho fana ka nyehelo ea lijo-thollo ea likarolo tse peli tsa leshome tsa phofo e thumisehileng, e kolobisitsoeng ka karolo ea boraro ea hine ea oli. 7 U lokela ho hlahisa veine e le nyehelo ea seno, karolo ea boraro ea hine, e le monko o khathollang ho Jehova.

8 “‘Empa haeba u lokela ho fana ka e tona ea mohlape e le nyehelo ea secheso+ kapa sehlabelo ho phetha boitlamo+ bo khethehileng kapa mahlabelo a kopanetsoeng a Jehova,+ 9 motho o tla boela a hlahise hammoho le e tona ea mohlape nyehelo ea lijo-thollo+ ea likarolo tse tharo tsa leshome tsa phofo e thumisehileng, e kolobisitsoeng ka halofo ea hine ea oli. 10 ’Me u lokela ho hlahisa veine e le nyehelo ea seno,+ halofo ea hine, e le nyehelo e entsoeng ka mollo, e monko o khathollang ho Jehova. 11 Ena ke tsela eo ho lokelang hore ho etsoe ka eona bakeng sa poho e ’ngoe le e ’ngoe kapa bakeng sa pheleu e ’ngoe le e ’ngoe kapa bakeng sa hlooho e le ’ngoe har’a likonyana tse tona kapa har’a lipōli. 12 Palo leha e le efe eo le tla fana ka eona, ke tsela eo le tla etsa ka eona bakeng sa e ’ngoe le e ’ngoe ho ea ka palo ea tsona. 13 Letsoalloa le leng le le leng le lokela ho fana ka tsena ka tsela ea ho hlahisa nyehelo e entsoeng ka mollo, ea monko o khathollang ho Jehova.+

14 “‘Haeba ho ka ba le mojaki ea lulang e le mojaki le lōna kapa ea har’a lōna melokong ea lōna, ’me a lokela ho fana ka nyehelo e entsoeng ka mollo, ea monko o khathollang ho Jehova, feela joalokaha le etsa, a etse joalo.+ 15 Lōna ba phutheho le mojaki ea lulang e le mojaki le tla ba le taelo e le ’ngoe e hlomamisitsoeng.+ E tla ba taelo e hlomamisitsoeng ho isa nakong e sa lekanyetsoang bakeng sa meloko ea lōna. Mojaki o lokela ho tšoana le lōna ka pel’a Jehova.+ 16 Ho tla ba le molao o le mong le qeto e le ’ngoe ea boahloli bakeng sa lōna le bakeng sa mojaki ea lulang e le mojaki le lōna.’”+

17 Jehova a tsoela pele ho bua le Moshe, a re: 18 “Bua le bara ba Iseraele, u re ho bona, ‘Ha le fihla naheng eo ke le tlisang ho eona,+ 19 ha le ja bohobe leha e le bofe ba naha+ eo, le etsetse Jehova monehelo. 20 Le etse monehelo oa litholoana tsa pele+ tsa lithollo tsa lōna tse haitsoeng e le mahobe a lesoba hare. Le etse monehelo oa tsona ka tsela e kang ea monehelo oa seotlo. 21 Tse ling tsa litholoana tsa pele tsa lithollo tsa lōna tse haitsoeng le lokela ho fana ka tsona e le monehelo ho Jehova melokong eohle ea lōna.

22 “‘Joale haeba le etsa phoso ’me le sa phethe litaelo+ tsena tsohle, tseo Jehova a li boleletseng Moshe, 23 sohle seo Jehova a le laetseng sona ka Moshe ho tloha letsatsing leo ka lona Jehova a laetseng meloko ea lōna ho ea pele, 24 joale etlare haeba ka phoso hoo ho entsoe hōle le mahlo a phutheho, joale phutheho eohle e fane ka pohoana e le ’ngoe e le nyehelo ea secheso bakeng sa monko o khathollang ho Jehova, le nyehelo ea eona ea lijo-thollo le nyehelo ea eona ea seno ho ea ka mokhoa o tloaelehileng,+ le potsanyane e le ’ngoe e le nyehelo ea sebe.+ 25 Moprista a koahele libe+ tsa phutheho eohle ea bara ba Iseraele, ’me ba tla tšoareloa; hobane e ne e le phoso,+ ’me ba tlisitse nyehelo ea bona e le nyehelo e etselitsoeng Jehova ka mollo le nyehelo ea bona ea sebe ka pel’a Jehova bakeng sa liphoso tsa bona. 26 Phutheho eohle ea bara ba Iseraele le mojaki ea lulang e le mojaki har’a bona ba tla tšoareloa,+ hobane e bile ka phoso ea sechaba sohle.

27 “‘Haeba moea leha e le ofe o etsa sebe ka phoso,+ joale o hlahise pōli e tšehali e selemong sa eona sa pele bakeng sa nyehelo ea sebe.+ 28 Moprista a koahele libe tsa moea o entseng phoso ka ho etsa sebe e se ka morero ka pel’a Jehova, hore a koahele libe tsa oona, ’me o tla tšoareloa.+ 29 Ha e le letsoalloa har’a bara ba Iseraele le mojaki ea lulang e le mojaki har’a bona, ho lokela hore ho be le molao o le mong bakeng sa lōna mabapi le ha ho etsoa ntho e se ka morero.+

30 “‘Empa moea o etsang ntho ka boomo,+ ebang ke letsoalloa kapa mojaki, o nyefola Jehova,+ tabeng eo moea oo o felisoe har’a batho ba habo oona.+ 31 Kahobane o nyelisitse+ lentsoe la Jehova ’me o tlōtse taelo ea hae,+ ruri moea oo o lokela ho felisoa.+ Phoso ea oona e holim ’a oona.’”+

32 Ha bara ba Iseraele ba ntse ba le lefeelleng, ka lekhetlo le leng ba fumana monna a roalla patsi ka letsatsi la sabatha.+ 33 Joale ba mo fumaneng a roalla patsi ba mo tlisa ho Moshe le Arone le phutheho eohle. 34 Kahoo ba mo beha litlamong,+ hobane ho ne ho sa ka ha boleloa ka ho hlakileng hore na ho lokela hore ho etsoe’ng ka eena.

35 Ka mor’a nako Jehova a re ho Moshe: “Ruri monna eo o lokela ho bolaoa,+ phutheho eohle e mo tlepetse ka majoe ka ntle ho liahelo.”+ 36 Tumellanong le hoo phutheho eohle ea mo isa ka ntle ho liahelo ’me ea mo tlepetsa ka majoe hoo a ileng a shoa, feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.

37 Jehova a tsoela pele ho re ho Moshe: 38 “Bua le bara ba Iseraele, ’me u ba bolelle hore ba iketsetse mophetho o litjellane molekeng oa liaparo tsa bona melokong eohle ea bona, ’me ba kenye khoele e putsoa holim ’a mophetho o litjellane oa moleka,+ 39 ‘E tla ba mophetho o litjellane bakeng sa lōna, ’me le tla o bona ’me le hopole litaelo+ tsohle tsa Jehova ’me le li phethe, ’me le se ke la latela lipelo tsa lōna le mahlo a lōna,+ tseo le li latelang ka likamano tse litšila.+ 40 Morero ke hore le hopole ’me ka sebele le phethe litaelo tsohle tsa ka ’me ruri le halalele ho Molimo oa lōna.+ 41 Ke ’na Jehova Molimo oa lōna, ea le ntšitseng naheng ea Egepeta e le hore ke be Molimo oa lōna.+ Ke ’na Jehova Molimo oa lōna.’”+

16 Kora+ mora oa Izehare,+ mora oa Kohathe,+ mora oa Levi,+ a ema, hammoho le Dathane+ le Abirame+ bara ba Eliabe,+ le One mora oa Pelethe, bara ba Rubene.+ 2 Ba ema ka pel’a Moshe, bona le banna ba makholo a mabeli le mashome a mahlano ba bara ba Iseraele, marenana a phutheho, ba bitsitsoeng har’a ba bokaneng, banna ba tummeng. 3 Kahoo ba phutheha khahlanong+ le Moshe le Arone eaba ba re ho bona: “Ho lekane ka lōna, hobane phutheho eohle ea halalela+ ’me Jehova o har’a eona.+ Joale, ke hobane’ng ha le iphahamisetsa phutheho ea Jehova?”+

4 Ha Moshe a utloa ka hona hang-hang a itihela fatše ka sefahleho. 5 Joale a bua le Kora le phutheho eohle ea hae, a re: “Hoseng Jehova o tla tsebahatsa eo e leng oa hae+ le ea halalelang+ le ea tla atamela ho eena,+ ’me mang kapa mang eo a ka mo khethang+ o tla atamela ho eena. 6 Etsang sena: Inkeleng lipane+ tsa mollo, Kora le phutheho eohle ea hae,+ 7 le kenye mollo ka har’a tsona ’me le tšele libano ka har’a tsona ka pel’a Jehova hosasane, ’me motho eo Jehova a tla mo khetha,+ ke eena ea halalelang. Ho lekane ka lōna, lōna bara ba Levi!”+

8 Moshe a tsoela pele ho re ho Kora: “Ka kōpo mamelang, lōna bara ba Levi. 9 Na ke ntho e nyenyane hakaalo ho lōna hore ebe Molimo oa Iseraele o le arotse+ ho phutheho ea Iseraele ho le hlahisa ho eena hore le ntšetse pele tšebeletso ea tabernakele ea Jehova le ho ema ka pel’a phutheho ho e sebeletsa,+ 10 le hore a atametse lōna le barab’abo lōna bohle bara ba Levi? Kahoo na le boetse le tla leka ho fumana boprista?+ 11 Ka lebaka leo lōna le phutheho eohle ea lōna e bokaneng le khahlanong le Jehova.+ Ha e le Arone, e ne e boetse e le eng hore le mo korotlele?”+

12 Hamorao Moshe a romeletsa hore ho bitsoe Dathane le Abirame+ bara ba Eliabe, empa ba re: “Re ke ke ra nyoloha!+ 13 Na ke ntho e nyenyane hakaalo hore ebe u re ntšitse naheng e phallang lebese le mahe a linotši ho tla re bolaela lefeelleng,+ e le hore hape u leke ho iketsa khosana holim ’a rōna ka ho feletseng?+ 14 Joale, ha ua re tlisa naheng e phallang lebese le mahe a linotši,+ hore u re fe lefa la naha le serapa sa morara. Na u batla ho honya mahlo a banna bao? Re ke ke ra nyoloha!”

15 Moshe a halefa haholo ’me a re ho Jehova: “U se ke ua reteleha ho talima nyehelo ea bona ea lijo-thollo.+ Ha kea nka esele leha e le ’ngoe e tona ea bona, kapa ka ntša le ea mong oa bona kotsi.”+

16 Joale Moshe a re ho Kora:+ “Uena le phutheho eohle ea hao, itlhahiseng ka pel’a Jehova,+ uena le bona le Arone, hosasane. 17 E mong le e mong a nke pane ea hae ea mollo, ’me le kenye libano ka har’a tsona ’me e mong le e mong a hlahise pane ea hae ea mollo ka pel’a Jehova, lipane tsa mollo tse makholo a mabeli le mashome a mahlano, ’me uena le Arone le hlahise e mong le e mong pane ea hae ea mollo.” 18 Kahoo e mong le e mong a nka pane ea hae ea mollo ’me a kenya mollo ka har’a eona ’me a beha libano ka har’a eona ’me a ema monyako oa tente ea pokano hammoho le Moshe le Arone. 19 Ha Kora a bokella phutheho+ eohle khahlanong le bona monyako oa tente ea pokano, joale khanya ea Jehova ea bonahala ho phutheho eohle.+

20 Joale Jehova a bua le Moshe le Arone, a re: 21 “Ikaroleng+ har’a phutheho ena, hore ke e felise+ hang-hang.” 22 Ba itihela fatše ka lifahleho ’me ba re: “Molimo, Molimo oa meea ea nama ea mofuta o mong le o mong,+ na motho a le mong feela o tla etsa sebe ebe u halefela phutheho eohle?”+

23 Eaba Jehova o bua le Moshe, o re: 24 “Bua le phutheho, u re, ‘Tlohang litabernakeleng tsa Kora, Dathane le Abirame!’”+

25 Ka mor’a moo Moshe a ema ’me a ea ho Dathane le Abirame, ’me banna ba baholo+ ba Iseraele ba ea le eena. 26 Joale a bua le phutheho, a re: “Ka kōpo, suthang ka pel’a litente tsa banna bana ba khopo ’me le se ke la ama ntho leha e le efe ea bona,+ hore le se ke la felisoa libeng tsohle tsa bona.” 27 Kapele-pele ba tloha ka pel’a tabernakele ea Kora, Dathane le Abirame, ka mahlakoreng ’ohle, eaba Dathane le Abirame baa tsoa, ba ema monyako oa litente tsa bona,+ hammoho le basali ba bona, le bara ba bona le bana ba bona ba banyenyane.

28 Joale Moshe a re: “Le tla tseba ka sena hore Jehova o nthometse ho etsa liketso tsena tsohle,+ hore ha li itsoele pelong ea ka:+ 29 Haeba batho bana ba tla shoa ho ea ka lefu la moloko oohle oa batho ’me ba tla fuoa kotlo ho ea ka kotlo ea moloko oohle oa batho,+ joale etlaba hase Jehova ea nthomileng.+ 30 Empa haeba Jehova o tla bōpa+ ho hong ho hocha, ’me lefatše le tla ahlamisa molomo oa lona ho metsa bona+ hammoho le ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea bona ’me ba tla theohela ba phela Sheole,+ joale ka sebele le tla tseba hore banna bana ba hlompholotse Jehova.”+

31 Eitse hang ha a qeta ho bua mantsoe ana, lefatše le tlas’a bona la qala ho ngamoha.+ 32 Lefatše la ahlamisa molomo oa lona la ba metsa hammoho le malapa a bona le moloko oohle oa batho ba Kora le thepa eohle ea bona.+ 33 Kahoo ba theohela Sheole ba phela, le bohle bao e neng e le ba bona, ’me lefatše la qala ho ba koahela,+ hoo ba ileng ba timela har’a phutheho.+ 34 Baiseraele bohle ba neng ba ba potolohile ba baleha ha ba utloa ba hoeletsa, etsoe ba ile ba qala ho re: “Re tšaba hore lefatše le ka re metsa!”+ 35 Mollo oa tsoa ho Jehova+ ’me oa chesa banna ba makholo a mabeli le mashome a mahlano ba neng ba nyehela libano.+

36 Joale Jehova a bua le Moshe, a re: 37 “Bolella Eleazare mora oa moprista Arone hore o lokela ho nka lipane tsa mollo+ tse har’a khanare, ‘U hasanye mollo teng; etsoe lia halalela, 38 esita le lipane tsa mollo tsa banna bana ba sitetsoeng meea+ ea bona. Ba li etse makapa a tšepe a masesaane bakeng sa ho koahela aletare,+ hobane ba li hlahisitse ka pel’a Jehova, hoo li halalelang; ’me e lokela ho ba pontšo ho bara ba Iseraele.’”+ 39 Tumellanong le hoo moprista Eleazare a nka lipane tsa mollo+ tsa koporo, tseo ba cheleng ba neng ba li hlahisitse, ’me ba li tea ho li etsa se koahelang aletare, 40 e le sehopotso bakeng sa bara ba Iseraele, e le hore ho se ke ha e-ba le monna osele+ eo e seng ngoana oa Arone ea tla atamela ho etsa hore libano li kubelle ka pel’a Jehova,+ ’me ho se ke ha e-ba le ea ka tšoanang le Kora le phutheho+ ea hae, feela joalokaha Jehova a ne a buile le eena ka Moshe.

41 Letsatsing le hlahlamang phutheho eohle ea bara ba Iseraele ea qala ho korotlela Moshe le Arone,+ ea re: “Le bolaile sechaba sa Jehova.” 42 Eitse ha phutheho e bokane hammoho khahlanong le Moshe le Arone, joale ba retelehela tenteng ea pokano; bonang! e ne e koahetsoe ke leru, ’me khanya ea Jehova ea qala ho bonahala.+

43 Moshe le Arone ba tla ka pel’a tente ea pokano.+ 44 Joale Jehova a bua le Moshe, a re: 45 “Emang le tlohe har’a phutheho ena, e le hore ke e felise hang-hang.”+ Eaba ba itihela fatše ka lifahleho.+ 46 Ka mor’a moo Moshe a re ho Arone: “Nka pane ea mollo ’me u kenye ka ho eona+ mollo o tsoang holim ’a aletare ’me u tšele libano ’me u ee ho phutheho ka potlako ’me u koahele libe tsa eona,+ hobane khalefo e tsoile sefahlehong sa Jehova.+ Lefu le qalile!” 47 Hang-hang Arone a e nka, feela joalokaha Moshe a ne a buile, ’me a mathela har’a phutheho; bonang! lefu le ne le se le qalile har’a sechaba. Kahoo a tšela libano eaba o qala ho koahela libe tsa sechaba. 48 A ’na a ema pakeng tsa ba shoeleng le ba phelang.+ Qetellong lefu la seoa la khaotsa.+ 49 Ba bolailoeng ke lefu la seoa ea e-ba likete tse leshome le metso e mene le makholo a supileng, ntle le ba shoeleng ka lebaka la Kora. 50 Qetellong ha Arone a khutlela ho Moshe monyako oa tente ea pokano, lefu la seoa le ne le khaolitse.

17 Joale Jehova a bua le Moshe, a re: 2 “Bua le bara ba Iseraele ’me u nke molamu o le mong+ ho bona bakeng sa lelapa ka leng la habo ntat’a bona ho marenana ’ohle a bona,+ ka matlo a bo-ntat’a bona, melamu e leshome le metso e ’meli. U tla ngola lebitso la e mong le e mong molamung oa hae. 3 U tla ngola lebitso la Arone molamung oa Levi, hobane ho na le molamu o le mong bakeng sa hlooho ea ntlo ea bo-ntat’a bona. 4 U e behe ka tenteng ea pokano ka pel’a Bopaki,+ moo ke itlhahisang teng kamehla ho uena.+ 5 Monna eo ke mo khethang,+ molamu oa hae o tla ba le lithunthung, ’me ka sebele ke tla etsa hore ho nkorotlela+ ha bara ba Iseraele ho kokobele, hoo ba le korotlelang ka hona.”+

6 Kahoo Moshe a bua le bara ba Iseraele, ’me marenana ’ohle a bona a qala ho mo fa molamu bakeng sa morenana e mong le e mong, molamu bakeng sa morenana e mong le e mong, ka matlo a bo-ntat’a bona, melamu e leshome le metso e ’meli;+ ’me molamu oa Arone o ne o le har’a melamu+ ea bona. 7 Joale Moshe a beha melamu eo ka pel’a Jehova ka tenteng ea Bopaki.+

8 Eitse letsatsing le hlahlamang ha Moshe a kena ka tenteng ea Bopaki, bonang! molamu oa Arone bakeng sa ntlo ea Levi o ne o e-na le lithunthung, o ne o hlahisitse lithunthung ’me o ne o thuntse lipalesa o e-na le lialmonde tse butsoitseng. 9 Joale Moshe a ntša melamu eohle ka pel’a Jehova a e tlisa ho bara bohle ba Iseraele, ’me ba qala ho talima ’me monna e mong le e mong a nka molamu oa hae.

10 Ka mor’a moo Jehova a re ho Moshe: “Khutlisetsa molamu+ oa Arone ka pel’a Bopaki e le ho lokelang ho bolokoa bakeng sa pontšo+ ho bara ba borabele,+ hore ho nkorotlela ha bona ho khaotse, ba tle ba se ke ba shoa.” 11 Hang-hang Moshe a etsa feela joalokaha Jehova a ne a mo laetse. A fela a etsa joalo.

12 Bara ba Iseraele ba qala ho bolella Moshe sena: “Joale re tla shoa, re tla timela, kaofela re tla timela.+ 13 Mang kapa mang ea atamelang,+ ea tlang haufi le tabernakele ea Jehova, o tla shoa!+ Na re tla qetella re felile ka tsela eo?”+

18 Jehova a re ho Arone: “Uena le bara ba hao hammoho le ntlo ea ntat’ao le tla arabella phoso khahlanong le sehalalelo,+ ’me uena hammoho le bara ba hao le tla arabella phoso khahlanong le boprista+ ba lōna. 2 Hape, atametsa barab’eno ba moloko oa Levi, leloko la ntat’ao, hore ba kopanngoe le uena ’me ba u sebeletse,+ uena le bara ba hao, ka pel’a tente ea Bopaki.+ 3 Ba boloke mosebetsi oa bona ho uena le mosebetsi oa bona ho tente eohle.+ Feela ba se ke ba atamela lisebelisoa tsa sebaka se halalelang le aletare hore ba se ke ba shoa,+ bona kapa lōna. 4 Ba kopanngoe le uena ’me ba boloke mosebetsi oa bona oa tente ea pokano mabapi le tšebeletso eohle ea tente, ’me ho se ke ha e-ba le osele ea ka le atamelang.+ 5 Le boloke mosebetsi oa lōna oa sebaka+ se halalelang mosebetsi oa lōna oa aletare,+ hore khalefo+ e eketsehileng e se ke ea hlaha khahlanong le bara ba Iseraele. 6 Bonang! Ke nkile barab’abo lōna, Balevi, har’a bara ba Iseraele,+ e le mpho ea lōna,+ e le ba filoeng Jehova ho ntšetsa pele tšebeletso ea tente ea pokano.+ 7 Uena le bara ba hao le lokela ho sireletsa boprista ba lōna tabeng e ’ngoe le e ’ngoe e amang aletare le mabapi le se ka har’a lesira;+ ’me le etse tšebeletso.+ Ke tla fana ka boprista ba lōna e le mpho ea tšebeletso, ’me osele ea atamelang o tla bolaoa.”+

8 Jehova a bua ka ho eketsehileng le Arone: “Ha e le ’na, bona! ke u file hore u hlokomele menehelo eo ke e etsetsoang.+ Lintho tsohle tse halalelang tsa bara ba Iseraele ke li file uena le bara ba hao e le kabelo, e le kabelo ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ 9 Ena e tla ba ea hao linthong tse halalelang ka ho fetisisa, nyehelong e entsoeng ka mollo, nyehelo e ’ngoe le e ’ngoe ea bona hammoho le nyehelo e ’ngoe le e ’ngoe ea bona ea lijo-thollo+ le nyehelo e ’ngoe le e ’ngoe ea bona ea sebe+ le nyehelo e ’ngoe le e ’ngoe ea bona ea molato,+ eo ba tla e khutlisetsa ho ’na. Ke ntho e halalelang ka ho fetisisa bakeng sa hao le bakeng sa bara ba hao. 10 U lokela ho e jella sebakeng se halalelang ka ho fetisisa.+ E mong le e mong e motona o lokela ho e ja.+ E lokela ho fetoha ntho e halalelang ho uena.+ 11 Ea hao ke ena: monehelo+ oa mpho ea bona hammoho le linyehelo tsohle tse tsokoang+ tsa bara ba Iseraele. Ke li file uena le bara ba hao le barali ba hao,+ e le kabelo ho isa nakong e sa lekanyetsoang. E mong le e mong ea hloekileng ka tlung ea hao a ka li ja.+

12 “Oli eohle e ntlehali le veine eohle e ncha e monate ka ho fetisisa le lijo-thollo, litholoana tsa bona tsa pele,+ tseo ba tla li fa Jehova, ke u file tsona.+ 13 Litholoana tsa pele tse butsoitseng tsa sohle se naheng ea bona, tseo ba tla li tlisa ho Jehova, e tla ba tsa hao.+ E mong le e mong ea hloekileng ka tlung ea hao a ka li ja.

14 “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e nehetsoeng Iseraeleng e tla ba ea hao.+

15 “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e bulang pōpelo,+ ea nama ea mofuta o mong le o mong, eo ba tla e hlahisa ho Jehova, har’a batho le har’a liphoofolo, e tla ba ea hao. Leha ho le joalo, ruri u lokela ho lopolla letsibolo la moloko oa batho;+ ’me u lokela ho lopolla letsibolo la phoofolo e sa hloekang.+ 16 U lokela ho le lopolla ka tefo ea lona ea topollo ho tloha ka le nang le khoeli ho ea holimo, ka tefello e lekantsoeng, lishekele tse hlano tsa silevera ka shekele ea sebaka+ se halalelang. Ke ligera tse mashome a mabeli.+ 17 Ke feela letsibolo la poho kapa letsibolo la konyana e tona kapa letsibolo la pōli leo u sa lokelang ho le lopolla.+ Ke lintho tse halalelang. U lokela ho fafatsa mali+ a tsona aletareng, ’me u lokela ho etsa hore mafura a tsona a kubelle e le nyehelo e entsoeng ka mollo bakeng sa monko o khathollang ho Jehova.+ 18 Nama ea tsona e lokela ho ba ea hao. E lokela ho ba ea hao joaloka sefuba sa nyehelo e tsokoang le joaloka leoto le letona.+ 19 Menehelo+ eohle e halalelang, eo bara ba Iseraele ba tla e nehela ho Jehova, ke u file eona le bara ba hao le barali ba hao, e le kabelo ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ Ke selekane sa letsoai ho isa nakong e sa lekanyetsoang ka pel’a Jehova bakeng sa hao hammoho le bana ba hao.”+

20 Jehova a tsoela pele ho re ho Arone: “U ke ke ua ba le lefa naheng ea bona, ’me u ke ke ua ba le kabelo har’a bona.+ Ke ’na kabelo ea hao le lefa la hao har’a bara ba Iseraele.+

21 “Ho bara ba Levi, bona! ke fane ka karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea leshome+ Iseraeleng e le lefa bakeng sa puseletso ea tšebeletso ea bona, tšebeletso ea tente ea pokano. 22 Bara ba Iseraele ha ba sa tla hlola ba atamela tente ea pokano ho itlisetsa sebe hore ba shoe.+ 23 Balevi ba ntšetse pele tšebeletso ea tente ea pokano, ’me ke bona ba lokelang ho arabella liphoso+ tsa bona. Ke taelo e hlomamisitsoeng ho isa nakong e sa lekanyetsoang melokong ea lōna hore ha baa lokela ho rua lefa har’a bara ba Iseraele.+ 24 Etsoe karolo ea leshome ea bara ba Iseraele, eo ba tla e nehela ho Jehova e le monehelo, ke e file Balevi e le lefa. Ke ka lebaka leo ke itseng ho bona, ‘Ha baa lokela ho rua lefa+ har’a bara ba Iseraele.’”

25 Joale Jehova a bua le Moshe, a re: 26 “Bua le Balevi, u re ho bona, ‘Le tla amohela ho bara ba Iseraele karolo ea leshome eo ke le fileng eona ho tsoa ho bona bakeng sa lefa+ la lōna, ’me le nehele ho tsoa ho eona karolo ea leshome ea karolo ea leshome+ e le monehelo ho Jehova. 27 Le tla e balloa e le monehelo oa lōna, joaloka lijo-thollo tsa seotlong+ le joaloka lihlahisoa tse feletseng tsa sehatelo sa veine kapa sa oli. 28 Ka tsela ena le lōna le tla nehela monehelo ho Jehova bakeng sa likarolo tsohle tsa lōna tsa leshome tseo le tla li amohela ho bara ba Iseraele, ’me ho tsoa ho tsona le fane ka monehelo oa Jehova o eang ho moprista Arone. 29 Limphong tsohle tsa lōna, le tla nehela ho Jehova monehelo oa mofuta o mong le o mong, oa tse ntlehali ho tsona,+ e le ntho e halalelang e tsoang ho tsona.’

30 “U tla re ho bona, ‘Ha le nehela tse ntlehali tsa tsona,+ joale ka sebele li tla balloa Balevi e le lihlahisoa tsa seotlo ’me e le lihlahisoa tsa sehatelo sa veine kapa sa oli. 31 Le li jelle sebakeng se seng le se seng, lōna le ba ntlo ea lōna, hobane ke moputso oa lōna e le puseletso bakeng sa tšebeletso ea lōna ka tenteng ea pokano.+ 32 Le se ke la itlisetsa sebe ka tsona ha le nehela tse ntlehali tsa tsona, ’me le se ke la silafatsa lintho tse halalelang tsa bara ba Iseraele, e le hore le se ke la shoa.’”+

19 Jehova a tsoela pele ho bua le Moshe le Arone, a re: 2 “Ena ke taelo e hlomamisitsoeng ea molao oo Jehova a o laetseng, a re, ‘Buang le bara ba Iseraele hore ba le nkele khomo e phetseng hantle e khunoana e se nang sekoli+ le e sa kang ea jara joko.+ 3 Le e fe moprista Eleazare, ’me a e ise ka ntle ho liahelo, e hlajoe ka pel’a hae. 4 Joale moprista Eleazare a qopetse mali a mang a eona ka monoana ’me a fafatse mali a mang a eona ka ho toba ka pel’a tente ea pokano ka makhetlo a supileng.+ 5 Khomo eo e chesoe ka pel’a mahlo a hae. Letlalo la eona le nama ea eona le mali a eona hammoho le bolokoe ba eona li chesoe.+ 6 Moprista a nke lehong la kedare+ le hysopa+ le khoele e ’mala o sekareleta oa kokase+ ’me a li lahlele ka har’a mollo o chesang khomo. 7 Moprista a hlatsoe liaparo tsa hae ’me a itlhatsoe ’mele metsing, ’me ka mor’a moo a ka kena liahelong; empa moprista e tla ba ea sa hloekang ho fihlela ka shoalane.

8 “‘Ea e chesitseng o tla hlatsoa liaparo tsa hae metsing ’me a itlhatsoe ’mele metsing,+ ’me e be ea sa hloekang ho fihlela ka shoalane.

9 “‘Motho ea hloekileng a bokelle molora+ oa khomo ’me a o behe ka ntle ho liahelo sebakeng se hloekileng; ’me phuthehong ea bara ba Iseraele e be ho lokelang ho bolokeloa metsi a tlhoekiso.+ Ke nyehelo ea sebe. 10 Ea bokellang molora oa khomo a hlatsoe liaparo tsa hae ’me e be ea sa hloekang ho fihlela ka shoalane.+

“‘Hoo e tla ba taelo e hlomamisitsoeng ho isa nakong e sa lekanyetsoang ho bara ba Iseraele le ho mojaki ea lulang e le mojaki har’a bona.+ 11 Mang kapa mang ea amang setopo sa moea+ leha e le ofe oa motho le eena e be ea sa hloekang ka matsatsi a supileng.+ 12 Ea joalo o lokela ho itlhoekisa ka ’ona ka letsatsi la boraro,+ ’me ka letsatsi la bosupa o tla hloeka. Empa haeba a sa itlhoekise ka letsatsi la boraro, joale ka letsatsi la bosupa a ke ke a hloeka. 13 E mong le e mong ea amang setopo, moea oa motho leha e le ofe ea ka shoang, ’me a sa itlhoekise, o silafalitse tabernakele ea Jehova,+ ’me moea oo o felisoe Iseraeleng.+ Kahobane o sa fafatsoa ka metsi a tlhoekiso,+ o ntse o sa hloeka. Ho se hloeke ha oona ho ntse ho le ho oona.+

14 “‘Ona ke molao haeba motho a ka shoella ka tenteng: E mong le e mong ea kenang ka tenteng, le e mong le e mong ea leng ka tenteng, e tla ba ea sa hloekang ka matsatsi a supileng. 15 Sejana+ se seng le se seng se bulehileng seo ho sa tlamelloang sekoahelo holim ’a sona ha sea hloeka. 16 E mong le e mong eo naheng a ka amang ea bolailoeng ka sabole+ kapa setopo kapa lesapo+ la motho kapa sebaka sa lepato e tla ba ea sa hloekang ka matsatsi a supileng. 17 Bakeng sa ea sa hloekang ba nke molora oa ho chesoa ha nyehelo ea sebe ’me ba o tšele ka metsi a macha ka har’a sejana. 18 Joale motho ea hloekileng+ a nke hysopa+ ’me a e qopetse ka har’a metsi ’me a fafatse ka eona tente le lijana tsohle le meea eohle e moo le ea ammeng lesapo kapa ea bolailoeng kapa setopo kapa sebaka sa lepato. 19 Motho ea hloekileng a fafatse ea sa hloekang ka eona ka letsatsi la boraro le ka letsatsi la bosupa ’me a mo hloekise sebeng ka letsatsi la bosupa;+ a hlatsoe liaparo tsa hae ’me a itlhatsoe metsing, ’me o tla hloeka ka shoalane.

20 “‘Empa motho ea sa hloekang ’me a sa itlhoekise, moea oo o felisoe+ har’a phutheho, hobane o silafalitse sehalalelo sa Jehova. Ha oa ka oa fafatsoa ka metsi a tlhoekiso. Ha oa hloeka.

21 “‘Hoo e tla ba taelo e hlomamisitsoeng ho isa nakong e sa lekanyetsoang ho bona, hore ea fafatsang metsi a tlhoekiso o lokela ho hlatsoa liaparo tsa hae,+ le ea amang metsi a tlhoekiso. E tla ba ea sa hloekang ho fihlela ka shoalane. 22 Ntho leha e le efe e angoang ke ea sa hloekang e tla ba e sa hloekang,+ ’me moea o e amang e tla ba o sa hloekang ho fihlela ka shoalane.’”+

20 Bara ba Iseraele, phutheho eohle, ba fihla lefeelleng la Zine+ ka khoeli ea pele, ’me sechaba sa lula Kadeshe.+ Ke hona moo Miriame+ a ileng a shoella teng ’me ke hona moo a ileng a patoa teng.

2 Joale ho ne ho se na metsi bakeng sa phutheho,+ eaba e qala ho phutheha khahlanong le Moshe le Arone.+ 3 Sechaba sa qala ho qabana+ le Moshe sa re: “Hoja re ile ra shoa ha barab’abo rōna ba ne ba shoella ka pel’a Jehova!+ 4 Ke hobane’ng ha le tlisitse phutheho ea Jehova lefeelleng lee bakeng sa hore rōna le lipelesa tsa rōna re shoelle teng?+ 5 Ke hobane’ng ha le re nyolotse Egepeta la re tlisa sebakeng see se sebe?+ Hase sebaka sa peō le lifeiga le lifate tsa morara le likharenate,+ ’me ha ho na metsi a nooang.” 6 Joale Moshe le Arone ba tsoa ka pel’a phutheho ba tla monyako oa tente ea pokano ’me ba itihela fatše ka lifahleho,+ eaba khanya ea Jehova e qala ho bonahala ho bona.+

7 Joale Jehova a bua le Moshe, a re: 8 “Nka molamu+ ’me u bokelle phutheho, uena le moholoane oa hao Arone, ’me le bue le lefika ka pel’a mahlo a bona e le hore ruri le fane ka metsi a lona; le ba ntšetse metsi lefikeng ’me le fe phutheho le lipelesa tsa eona se nooang.”+

9 Kahoo Moshe a nka molamu ka pel’a Jehova,+ feela joalokaha a ne a mo laetse. 10 Ka mor’a moo Moshe le Arone ba bokella phutheho ka pel’a lefika, eaba o re ho bona: “Utloang joale, lōna marabele!+ Na re tla le ntšetsa metsi lefikeng lee?”+ 11 Moshe a phahamisa letsoho a otla lefika habeli ka molamu oa hae; ’me metsi a mangata a qala ho tsoa, eaba phutheho le lipelesa tsa eona li qala ho noa.+

12 Hamorao Jehova a re ho Moshe le Arone: “Kahobane ha lea ka la bontša tumelo ho ’na hore le nkhalaletse+ ka pel’a mahlo a bara ba Iseraele, ka hona le ke ke la kenya phutheho ena naheng eo ka sebele ke tla e fa eona.”+ 13 Ana ke metsi a Meriba,+ hobane bara ba Iseraele ba ile ba qabana le Jehova, hoo a ileng a halaletsoa har’a bona.

14 Ka mor’a moo Moshe a romela manģosa ho morena oa Edomo+ ha ba le Kadeshe: “Sena ke seo mor’eno Iseraele+ a se boletseng, ‘U tseba hantle tsietsi eohle e re fihletseng.+ 15 Bo-ntat’a rōna ba ile ba theohela Egepeta,+ ’me ra tsoela pele ho lula Egepeta ka matsatsi a mangata;+ ’me Baegepeta ba qala ho re ntša kotsi le bo-ntat’a rōna.+ 16 Qetellong ra hoeletsa ho Jehova+ eaba o utloa mantsoe a rōna ’me o romela lengeloi+ o re ntša Egepeta; ’me bona! re Kadeshe, motse o pheletsong ea naha ea hao. 17 Ka kōpo, re lumelle hore re fete naheng ea hao. Re ke ke ra feta har’a tšimo kapa serapa sa morara, ’me re ke ke ra noa metsi a seliba. Re tla tsamaea+ tseleng ea morena. Re ke ke ra khelohela ka ho le letona kapa ka ho le letšehali,+ ho fihlela re fetile naheng ea hao.’”

18 Leha ho le joalo, Baedomo ba re ho eena: “U se ke ua feta ho ’na, esere ka tsoa ka sabole ho u khahlanyetsa.” 19 Bara ba Iseraele ba re ho bona: “Re tla nyoloha ka tsela e khōlō; ’me haeba ’na le liphoofolo tsa ka tse ruiloeng re noa metsi a hao, ka sebele ke tla boela ke fane ka se lekanang le ’ona.+ Ha ke batle letho le eketsehileng haese ho feta ke itsamaela ka maoto.”+ 20 Ho ntse ho le joalo ba re: “U se ke ua feta.”+ Eaba Baedomo+ baa tsoa ho tla teana le eena ba e-na le batho ba bangata haholo le ka letsoho le matla. 21 Kahoo Baedomo ba hana ho lumella Baiseraele hore ba fete naheng ea bona.+ Kahoo Baiseraele ba e furalla.+

22 Bara ba Iseraele, phutheho eohle, ba tloha Kadeshe+ ’me ba fihla Thabeng ea Hore.+ 23 Joale Jehova a re ho Moshe le Arone Thabeng ea Hore moeling oa naha ea Edomo: 24 “Arone o tla nkeloa ho batho+ ba habo, etsoe a ke ke a kena naheng eo ka sebele ke tla e fa bara ba Iseraele, kahobane le fetohetse taelo ea ka mabapi le metsi a Meriba.+ 25 Nka Arone le mora oa hae Eleazare’me u ba nyollele Thabeng ea Hore. 26 U hlobolise Arone liaparo+ tsa hae, ’me u li apese mora oa hae Eleazare;+ ’me Arone o tla nkoa ’me a shoelle moo.”+

27 Kahoo Moshe a etsa feela joalokaha Jehova a ne a laetse; ’me ba hloa Thaba ea Hore ka pel’a mahlo a phutheho eohle. 28 Joale Moshe a hlobolisa Arone liaparo tsa hae ’me a li apesa mora oa hae Eleazare, ka mor’a moo Arone a shoella moo tlhōrōng ea thaba.+ Eaba Moshe le Eleazare ba theoha thabeng. 29 Phutheho eohle ea bona hore Arone o shoele, eaba ntlo eohle ea Iseraele e tsoela pele ho llela Arone ka matsatsi a mashome a mararo.+

21 Joale Mokanana morena oa Arade,+ ea neng a lula Negebe,+ a utloa hore Baiseraele ba tlile ka tsela ea Atharime, ’me a qala ho loantša Baiseraele le ho nka ba bang ba bona e le baholehuoa. 2 Ka lebaka leo Baiseraele ba itlama ho Jehova ’me ba re:+ “Haeba ruri u tla nehelana ka batho bana letsohong la ka, le ’na ka sebele ke tla nehela metse ea bona timetso.”+ 3 Kahoo Jehova a mamela lentsoe la Baiseraele ’me a nehelana ka Bakanana; eaba ba nehela bona le metse ea bona timetso. Kahoo ba reha sebaka seo lebitso la Horma.+

4 Ha ba ntse ba tsamaea ho tloha Thabeng ea Hore+ ka tsela ea Leoatle le Lefubelu ho potoloha naha ea Edomo,+ moea oa sechaba oa qala ho khathala ka lebaka la tsela. 5 Sechaba sa ’na sa bua Molimo+ le Moshe+ hampe: “Ke hobane’ng ha le re ntšitse naheng ea Egepeta ho tla shoella lefeelleng?+ Etsoe ha ho na bohobe le metsi,+ ’me meea ea rōna e se e nyonya bohobe+ bona bo eisehang.” 6 Kahoo Jehova a romela linoha tse chefo+ har’a sechaba, ’me tsa ’na tsa loma sechaba, hoo sechaba se sengata sa Iseraele se ileng sa shoa.+

7 Qetellong sechaba sa tla ho Moshe sa re: “Re entse sebe,+ hobane re buile Jehova hampe le uena re u buile hampe. Re buelle ho Jehova hore a tlose linoha har’a rōna.”+ Eaba Moshe o qala ho buella sechaba.+ 8 Joale Jehova a re ho Moshe: “Iketsetse noha ea mollo ’me u e behe holim ’a palo ea pontšo. Etlare ha mang kapa mang a lonngoe, joale o lokela ho e talima ’me kahoo o tla tsoela pele a phela.”+ 9 Hang-hang Moshe a etsa noha ea koporo+ ’me a e beha holim ’a palo ea pontšo;+ ’me e ne e re ha noha e lomme motho ’me a talima+ noha ea koporo, joale o ne a tsoela pele a phela.+

10 Ka mor’a moo bara ba Iseraele ba tsamaea ’me ba hloma liahelo Obothe.+ 11 Joale ba tloha Obothe ’me ba hloma liahelo Iye-abarime,+ lefeelleng le ka pel’a Moabe, ka nģ’a bochaba-tsatsi. 12 Ho tloha moo ba tsamaea ’me ba hloma liahelo pel’a phula ea molapo o phoroselang ea Zerede.+ 13 Ho tloha moo ba tsamaea ’me ba hloma liahelo sebakeng sa Arnone,+ se lefeelleng le nammeng ho tloha moeling oa Baamore; etsoe Arnone ke moeli oa Moabe, pakeng tsa Moabe le Baamore. 14 Ke ka lebaka leo ho thoeng bukeng ea Lintoa tsa Jehova:

“Vahebe e Sufa le liphula tsa melapo e phoroselang tsa Arnone, 15 le mohloli oa liphula tsa melapo e phoroselang, o thinyelitseng sebakeng sa Are+ ’me oa itšetleha ka moeli oa Moabe.”

16 Ho tloha moo ba ea Beere.+ Sena ke seliba seo ka sona Jehova a itseng ho Moshe: “Bokella sechaba, ’me ke se fe metsi.”+

17 Ka nako eo Baiseraele ba bina pina ena:+

“Hlaha, Uena seliba! Arabelang ho sona!

18 Seliba, se chekiloe ke likhosana. Bahlomphehi ba sechaba ba se epile,

Ka lere la molaoli,+ ka mare a bona.”

Joale ba tloha lefeelleng ba ea Matana. 19 Ho tloha Matana ba ea Nahaliele, ’me ho tloha Nahaliele ba ea Bamothe.+ 20 Ho tloha Bamothe ba ea phuleng e naheng ea Moabe,+ mateanong a Pisga,+ ’me e hlahella ka holim ’a Jeshimone.+

21 Joale Baiseraele ba romela manģosa ho Sihone+ morena oa Baamore, ba re: 22 “Ntumelle hore ke fete naheng ea hao. Re ke ke ra khelohela tšimong kapa serapeng sa morara. Ha ho seliba seo re tla noa metsi a sona. Re tla tsamaea tseleng ea morena ho fihlela re fetile naheng ea hao.”+ 23 Sihone ha aa ka a lumella Baiseraele hore ba fete naheng ea hae,+ empa Sihone a bokella batho bohle ba hae ’me a tsoa ho ea khahlanyetsa Baiseraele lefeelleng, ’me a fihla Jahaze+ eaba o qala ho loana le Baiseraele. 24 Baiseraele ba mo bolaea ka bohale ba sabole+ ’me ba hapa naha ea hae+ ho tloha Arnone+ ho ea Jaboke,+ haufi le bara ba Ammone; hobane Jazere+ ke moeli oa bara ba Ammone.+

25 Kahoo Baiseraele ba hapa metse ena eohle, ’me Baiseraele ba qala ho lula metseng eohle ea Baamore,+ Heshbone+ le metse eohle e itšetlehileng ka eona. 26 Etsoe Heshbone e ne e le motse oa Sihone.+ E ne e le morena oa Baamore,+ ’me ke eena ea ileng a loana le morena oa Moabe pele ’me a hapa naha eohle ea hae letsohong la hae ho ea fihla Arnone.+ 27 Ke ka lebaka leo ba buang lipuo tse kobisang ba neng ba re:

“Tloo Heshbone.

Motse oa Sihone o ke o hahoe ’me o emisoe ka ho tiileng.

28 Etsoe mollo o tsoile Heshbone,+ lelakabe motseng oa Sihone.

O chesitse Are+ ea Moabe, beng ba libaka tse phahameng tsa Arnone.

29 Ho malimabe uena, Moabe! Ka sebele le tla timela, Lōna batho ba Kemoshe!+

Ka sebele o tla fana ka bara ba hae e le ba phonyohileng le barali ba hae ba kholehong ho morena oa Baamore, Sihone.

30 Kahoo a re ba fuleng.

Ka sebele Heshbone o tla timela ho fihlela Dibone,+

Le basali ho fihlela Nofa, banna ho fihlela Medeba.”+

31 Baiseraele ba qala ho lula naheng ea Baamore.+ 32 Joale Moshe a romela ba bang ho ea hloela Jazere.+ Kahoo ba hapa metse e itšetlehileng ka eona ’me ba leleka Baamore ba neng ba le moo.+ 33 Ka mor’a moo ba reteleha ’me ba nyoloha ka tsela ea Bashane.+ Eaba Oge+ morena oa Bashane oa tsoa ho ea ba khahlanyetsa, eena le batho bohle ba hae, ntoeng ea Edrei.+ 34 Joale Jehova a re ho Moshe: “U se ke ua mo tšaba,+ etsoe ka sebele ke tla nehelana ka eena letsohong la hao le batho bohle ba hae le naha ea hae;+ ’me u mo etse feela joalokaha u entse Sihone, morena oa Baamore, ea neng a lula Heshbone.”+ 35 Kahoo ba bolaea eena le bara ba hae le batho bohle ba hae, ho fihlela ho se mophonyohi ea setseng ho eena;+ ’me ba hapa naha.+

22 Joale bara ba Iseraele ba tsamaea ’me ba hloma liahelo lithoteng tsa lehoatata la Moabe+ ka mose ho Jordane ho tloha Jeriko. 2 Balake+ mora oa Zipore a bona sohle seo Iseraele e neng e se entse Baamore. 3 Moabe ea tšoha sechaba seo haholo, kahobane se ne se le sengata haholo; ’me Moabe ea qala ho ikutloa e e-na le tšabo e kulisang ka bara ba Iseraele.+ 4 Moabe ea re ho banna ba baholo ba Midiane:+ “Joale phutheho ena e tla nyeka libaka tsohle tsa rōna tse potolohileng joalokaha poho e nyeka limela tse tala tsa naha.”

Balake+ mora oa Zipore e ne e le morena oa Moabe ka nako eo. 5 Joale a romela manģosa ho Balame+ mora oa Beore sebakeng sa Pethore,+ se pel’a Nōka+ ea naha ea bara ba batho ba habo, ho ea mo bitsa, a re: “Bona! Sechaba se tsoile Egepeta. Bona! Se koahetse lefatše ho fihlela moo motho a ka bonang,+ ’me se lutse ka pel’a ka. 6 Joale ka kōpo, tloo; u nthohakele+ sechaba sena, etsoe se matla ho mpheta. Mohlomong nka khona ho se hlasela ’me ke se leleke naheng; etsoe ke tseba hantle hore eo u mo hlohonolofatsang o hlohonolofetse ’me eo u mo rohakang o rohakiloe.”+

7 Kahoo banna ba baholo ba Moabe le banna ba baholo ba Midiane ba tsamaea ba nkile tefo ea bonohe+ matsohong a bona ’me ba ea ho Balame+ eaba ba mo bolella mantsoe a Balake. 8 Eaba o re ho bona: “Lulang mona bosiung bona, ’me ka sebele ke tla le khutlisetsa lentsoe feela kamoo Jehova a ka buang le ’na kateng.”+ Tumellanong le hoo likhosana tsa Moabe tsa lula le Balame.

9 Joale Molimo a tla ho Balame ’me a re:+ “Banna baa ba nang le uena ke bo-mang?” 10 Kahoo Balame a re ho Molimo oa ’nete: “Balake+ mora oa Zipore, morena oa Moabe, o romelelitse ho ’na, a re, 11 ‘Bona! Sechaba se tsoang Egepeta, ’me se koahetse lefatše ho fihlela moo leihlo le ka bonang.+ Joale tloo, u nthohakele sona.+ Mohlomong nka khona ho se loantša ’me ke se leleke.’” 12 Empa Molimo a re ho Balame: “U se ke ua tsamaea le bona. U se ke ua rohaka sechaba seo,+ etsoe se hlohonolofalitsoe.”+

13 Ka mor’a moo Balame a tsoha hoseng ’me a re ho likhosana tsa Balake: “E-eang naheng ea habo lōna, hobane Jehova o nkhanetse ho tsamaea le lōna.” 14 Kahoo likhosana tsa Moabe tsa tloha ’me tsa fihla ho Balake eaba li re: “Balame o hanne ho tla le rōna.”+

15 Leha ho le joalo, Balake a boela a romela likhosana tse ling tse ngata haholoanyane ’me e le tse hlomphehang ho feta tsa pele. 16 Eaba li fihla ho Balame ’me li re ho eena: “Sena ke seo Balake mora oa Zipore a se boletseng, ‘Ka kōpo, u se ke ua thibeloa ke letho ho tla ho ’na. 17 Etsoe ruri ke tla u hlompha haholo,+ ’me ke tla etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u ka mpolellang eona.+ Kahoo ka kōpo, tloo. U nthohakele sechaba sena.’” 18 Empa Balame a araba ’me a re ho bahlanka ba Balake: “Haeba Balake a ne a ka mpha ntlo ea hae e tletseng silevera le khauta, ke ne nke ke ka khona ho tlōla taelo ea Jehova Molimo oa ka, hoo nka etsang ntho e nyenyane kapa e khōlō.+ 19 Joale ka kōpo, le lōna salang mona bosiu, hore ke tle ke tsebe seo Jehova a tla mpolella sona ka ho eketsehileng.”+

20 Joale Molimo a tla ho Balame bosiu eaba o re ho eena: “Haeba banna bana ba tlil’o u bitsa, ema, u tsamaee le bona. Empa u bue feela lentsoe leo ke tla u bolella lona.”+ 21 Ka mor’a moo Balame a tsoha hoseng ’me a qhaneha esele ea hae e tšehali eaba o tsamaea le likhosana tsa Moabe.+

22 Bohale ba Molimo ba qala ho tuka hobane o ne a tsamaea; ’me lengeloi la Jehova la ema tseleng ho mo hanyetsa.+ O ne a palame esele ea hae e tšehali, ’me o ne a e-na le bahlanka ba hae ba babeli. 23 Esele ea bona lengeloi la Jehova le eme tseleng le tšoere sabole ea lona e tsomutsoeng;+ esele ea leka ho kheloha tsela hore e ee tšimong, empa Balame a qala ho otla esele e le hore a e khutlisetse tseleng. 24 Lengeloi la Jehova la ’na la ema tseleng e moqotetsane pakeng tsa lirapa tsa morara, lerako la majoe le le ka lehlakoreng lena le lerako la majoe le le ka lehlakoreng lane. 25 Esele e tšehali ea ’na ea bona lengeloi la Jehova ’me ea qala ho ipeteletsa lerakong ’me kahoo ea peteletsa leoto la Balame lerakong; eaba o qala ho e otla hape.

26 Joale lengeloi la Jehova la boela la feta ’me la ema sebakeng se moqotetsane, moo ho seng tsela ea ho khelohela ka ho le letona kapa ka ho le letšehali. 27 Ha esele e bona lengeloi la Jehova joale ea botha Balame a ntse a e palame; hoo bohale ba Balame bo ileng ba tuka,+ ’me a ’na a otla esele ka lere la hae. 28 Qetellong Jehova a bula molomo oa esele+ eaba e re ho Balame: “Ke u entse’ng hore ebe u nkotlile ka makhetlo aa a mararo?”+ 29 Eaba Balame o re ho esele: “Ke kahobane u sebetsane le ’na ka ho hloka mohau. Hoja ke ne ke e-na le sabole letsohong la ka, joale nka be ke u bolaile!”+ 30 Joale esele e tšehali ea re ho Balame: “Na ha ke esele ea hao e tšehali eo u e palameng bophelo bohle ba hao ho fihlela letsatsing lee? Na ho na le mohla nkileng ka u etsa ka tsela ee?”+ Eaba o re: “Che!” 31 Jehova a tutubolla mahlo+ a Balame, hoo a ileng a bona lengeloi la Jehova le eme tseleng le tšoere sabole e tsomutsoeng. Hang-hang a inama ’me a itihela fatše ka sefahleho.

32 Joale lengeloi la Jehova la re ho eena: “Ke hobane’ng ha u otlile esele ea hao e tšehali ka makhetlo aa a mararo? Bona! ’Na—ke tlile ho u hanyetsa, hobane tsela ea hao e bile lepotlapotla khahlanong le thato ea ka.+ 33 ’Me esele e tšehali e ile ea mpona ’me ea leka ho nqoba ka makhetlo ana a mararo.+ A re re e ne e sa ka ea nqoba! Joale nka be ke u bolaile,+ empa eona nka be ke e bolokile e phela.” 34 Eaba Balame o re ho lengeloi la Jehova: “Ke entse sebe,+ hobane ke ne ke sa tsebe hore ke uena ea emeng tseleng ho nkhahlanyetsa. ’Me joale, haeba ho hobe mahlong a hao, e-re ke khutle.” 35 Empa lengeloi la Jehova la re ho Balame: “Tsamaea le banna bana;+ ’me u se ke ua bua letho haese seo ke tla u bolella sona.”+ Eaba Balame o tsoela pele ho tsamaea le likhosana tsa Balake.

36 Ha Balake a utloa hore Balame o tlile, hang-hang a tsoa ho ea mo khahlanyetsa motseng oa Moabe, o lebōpong la Arnone, e pheletsong ea naha.+ 37 Joale Balake a re ho Balame: “Na ka sebele ha kea romeletsa hore u bitsoe? Ke hobane’ng ha u sa tla ho ’na? Na kannete-nete nke ke ka khona ho u hlompha?”+ 38 Eaba Balame o re ho Balake: “Bona! joale ke tlile ho uena. Na ke tla khona ho bua ho hong?+ Lentsoe leo Molimo a tla le beha molomong oa ka ke seo ke tla se bua.”+

39 Kahoo Balame a tsamaea le Balake ’me ba fihla Kiriathe-huzothe. 40 Balake a etsa mahlabelo a likhomo le linku+ ’me a romela a mang ho Balame le likhosana tseo a neng a e-na le tsona. 41 Eitse hoseng Balake a nka Balame ’me a mo tlisa Bamothe-baale,+ hore a bone sechaba sohle a le moo.+

23 Joale Balame a re ho Balake: “Nkahele lialetare+ tse supileng nģalong ena ’me u ntokisetse lipoho tse supileng le lipheleu tse supileng nģalong ena.” 2 Kapele-pele Balake a etsa feela joalokaha Balame a ne a boletse. Ka mor’a moo Balake le Balame ba nyehela poho le pheleu aletareng ka ’ngoe.+ 3 Balame a tsoela pele ho re ho Balake: “Ema pel’a nyehelo ea hao ea secheso,+ ’me u ntumelle hore ke tsamaee. Mohlomong Jehova o tla kopana le ’na a nkhahlanyetse.+ Tabeng eo eng kapa eng eo a tla mpontša eona, ka sebele ke tla u bolella eona.” Kahoo a ea leralleng le se nang letho.

4 Ha Molimo a kopana le Balame,+ joale a re ho Eena: “Ke behile lialetare tse supileng ka mekoloko, ’me ka nyehela poho le pheleu aletareng ka ’ngoe.”+ 5 Tumellanong le hoo Jehova a kenya lentsoe molomong oa Balame+ ’me a re: “Khutlela ho Balake, ’me sena ke seo u tla se bua.”+ 6 Kahoo a khutlela ho eena, ’me, bonang! eena le likhosana tsohle tsa Moabe ba ne ba eme pel’a nyehelo ea hae ea secheso. 7 Joale a bua puo ea hae ea maele+ ’me a re:

“Balake morena oa Moabe o lekile ho ntsamaisa ho tloha Arame,+

Ho tloha lithabeng tsa bochabela:

‘Tloo, u nthohakele Jakobo.

E, tloo, u nyatse Iseraele.’+

 8 Ke joang nka rohakang bao Molimo a sa ba rohakang?+

Ke joang nka nyatsang bao Jehova a sa ba nyatsang?+

 9 Etsoe ke ba bona ke le tlhōrōng ea mafika,

Ke ba bona ke le maralleng.

E le sechaba ba tsoela pele ho lula teng ka nakoana ba arohile,+

Ha ba ipalelle har’a lichaba.+

10 Ke mang ea balileng lerōle la Jakobo,+

’Me ke mang ea balileng karolo ea bone ea Iseraele?

Moea oa ka o ke o shoe lefu la ba lokileng,+

’Me qetello ea ka hamorao e ke e tšoane le ea bona.”+

11 Eaba Balake o re ho Balame: “U nkentse’ng? Ke u nkile e le hore u rohake lira tsa ka, ’me bona! u li hlohonolofalitse ka ho feletseng.”+ 12 Eaba oa araba o re: “Na ha kea lokela ho bua eng kapa eng eo Jehova a e kenyang molomong oa ka?”+

13 Joale Balake a re ho eena: “Ka kōpo, tloo le ’na sebakeng se seng seo u tla ba bona u le ho sona. U tla bona karolo ea bona feela,+ ’me u ke ke ua ba bona kaofela. U nthohakele bona u le moo.”+ 14 Kahoo a mo isa tšimong ea Zofime, tlhōrōng ea Pisga,+ eaba o haha lialetare tse supileng le ho nyehela poho le pheleu aletareng ka ’ngoe.+ 15 Ka mor’a moo a re ho Balake: “Ema mona pel’a nyehelo ea hao ea secheso, ’me, ha e le ’na, e-re ke kopane le eena mane.” 16 Ka mor’a moo Jehova a kopana le Balame ’me a kenya lentsoe molomong oa hae eaba o re:+ “Khutlela ho Balake,+ ’me sena ke seo u tla se bua.” 17 Kahoo a tla ho eena, ’me, bonang! o ne a eme pel’a nyehelo ea hae ea secheso, le likhosana tsa Moabe. Joale Balake a re ho eena: “Jehova o itse’ng?” 18 Eaba o bua puo ea hae ea maele ’me o re:+

“Ema, Balake, ’me u mamele.

’Mamele, Uena mora oa Zipore.+

19 Molimo hase motho hore a bue mashano,+

Hape hase mora oa moloko oa batho hore a ikoahlaee.+

Ha a buile na a ke ke a ho etsa,

’Me ha a buile na a ke ke a ho phetha?+

20 Bonang! Ke nketsoe ho tla hlohonolofatsa,

’Me O hlohonolofalitse,+ ’me nke ke ka ho etsolla.+

21 Ha aa talima matla+ leha e le afe a boselamose khahlanong le Jakobo,

’Me ha aa bona khathatso ea letho khahlanong le Iseraele.

Jehova Molimo oa hae o na le eena,+

’Me ho thoholetsa morena ka mantsoe a phahameng ho ho eena.

22 Molimo o ba ntša Egepeta.+

O lebelo joaloka poho e hlaha.+

23 Etsoe ha ho mantsoe a boloi a bakelang Jakobo bomalimabe,+

Kapa bonohe leha e le bofe khahlanong le Iseraele.+

Nakong ena ho ka thoe ka Jakobo le Iseraele,

‘Bonang seo Molimo a se hlahisitseng!’+

24 Bonang, sechaba se tla tsoha joaloka tau,

’Me joaloka tau se tla phahama.+

Se ke ke sa robala se e-s’o je phofu,

’Me se tla noa+ mali a ba bolailoeng.”

25 Eaba Balake o re ho Balame: “Ka lehlakoreng le leng, haeba u sa mo rohake, joale, ka lehlakoreng le leng, ha ua lokela ho mo hlohonolofatsa ho hang.” 26 Eaba Balame oa araba o re ho Balake: “Na ha kea ka ka bua le uena, ka re, ‘Ke tla etsa sohle seo Jehova a tla se bua’?”+

27 Joale Balake a re ho Balame: “Ka kōpo, tloo. E-re ke u ise sebakeng se seng hape. Mohlomong e tla ba ho nepahetseng mahlong a Molimo oa ’nete hoo ka sebele u tlang ho nthohakela eena u le moo.”+ 28 Eaba Balake o isa Balame tlhōrōng ea Peore, e shebileng ka nģ’a Jeshimone.+ 29 Joale Balame+ a re ho Balake: “Nkahele lialetare tse supileng nģalong ena ’me u ntokisetse lipoho tse supileng le lipheleu tse supileng nģalong ena.”+ 30 Kahoo Balake a etsa feela joalokaha Balame a ne a boletse, ’me a qala ho nyehela poho le pheleu aletareng ka ’ngoe.+

24 Ha Balame a bona hore ho hotle mahlong a Jehova ho hlohonolofatsa Iseraele, ha aa ka a tloha joaloka makhetlong+ a mang ho ea batla lipontšo leha e le life tsa bomalimabe tsa se tlang,+ empa o ile a lebisa sefahleho sa hae lefeelleng. 2 Ha Balame a phahamisa mahlo ’me a bona Iseraele e lutse ka nakoana ka meloko ea eona,+ joale moea oa Molimo oa e-ba holim ’a hae.+ 3 Kahoo a bua puo ea hae ea maele+ ’me a re:

“Se boleloang ke Balame mora oa Beore,

Le se boleloang ke monna ea shahlileng le ea leihlo le bulehileng,+

 4 Se boleloang ke ea utloang lipolelo tsa Molimo,+

Ea boneng pono ea Ea Matla ’Ohle+

Ha a itihela fatše mahlo a bulehile:+

 5 Litente tsa hao li ntle hakaakang, Uena Jakobo, litabernakele tsa hao, Uena Iseraele!+

 6 Li nametse sebakeng se selelele joaloka liphula tsa melapo e phoroselang,+

Joaloka lirapa tse pel’a nōka.+

Joaloka limela tsa lekhala tseo Jehova a li lemmeng,

Joaloka likedare tse pel’a metsi.+

 7 Metsi a ntse a rotha linkhong tsa hae tse peli tsa matlalo,

Peō ea hae e pel’a metsi a mangata.+

Le morena+ oa hae o tla phahamela Agage,+

’Muso oa hae o tla phahamisoa.+

 8 Molimo o mo ntša Egepeta;

O lebelo joaloka poho e hlaha.+

O tla timetsa lichaba, bahatelli+ ba hae,

O tla phura masapo a tsona,+ ’me o tla li roba likoto ka marumo a hae.+

 9 A inama, a robala joaloka tau,

Joaloka tau, ke mang ea itetang sefuba ho mo tsosa?+

Ba u hlohonolofatsang ba hlohonolofetse,+

Ba u rohakang ba rohakiloe.”+

10 Eaba bohale ba Balake bo tukela Balame ’me o opa liatla,+ Balake a tsoela pele ho re ho Balame: “Ke u bitselitse hore u rohake+ lira tsa ka, ’me, bona! ka makhetlo ana a mararo u li hlohonolofalitse ka ho feletseng. 11 Joale balehela sebakeng sa heno. Ke ne ke ipoleletse hore ruri ke tla u hlompha,+ empa, bona! Jehova o u hanetse ka tlhompho.”

12 Eaba Balame o re ho Balake: “Na hape ha kea ka ka bolella manģosa a hao ao u a rometseng ho ’na, ka re, 13 ‘Haeba Balake a ne a ka mpha ntlo ea hae e tletseng silevera le khauta, ke ne nke ke ka khona ho tlōla taelo ea Jehova hoo nka etsang ho molemo kapa ho hobe pelong ea ka. Ke tla bua eng kapa eng eo Jehova a e buang’?+ 14 Joale bona! ke ea ho batho ba heso. Tloo, e-re ke u eletse+ ka seo sechaba sena se tla se etsa ho batho ba heno hamorao qetellong ea matsatsi.”+ 15 Kahoo a bua puo ea hae ea maele+ ’me a re:

“Se boleloang ke Balame mora oa Beore,

Le se boleloang ke monna ea shahlileng ea leihlo le bulehileng,+

16 Se boleloang ke ea utloang lipolelo tsa Molimo,+

Le ea tsebang tsebo ea Ea Phahameng ka ho Fetisisa—

O bone+ pono ea Ea Matla ’Ohle

Ha a itihela fatše mahlo a hae a bulehile:+

17 Ke tla mo bona,+ empa eseng hona joale;

Ke tla mo bona, empa eseng haufi.

Ka sebele naleli+ e tla tsoa ho Jakobo,

’Me ruri lere la borena le tla hlaha ho Iseraele.+

Ka sebele o tla pshatla litlhafunelo tsa hlooho+ ea Moabe

Le mahata a bara bohle ba morusu oa ntoa.

18 Edomo e tla fetoha leruo,+

E, Seire+ e tla fetoha leruo la lira tsa eona,+

Ha Iseraele e bonahatsa sebete sa eona.

19 E mong o tla qala ho busa+ a tsoa ho Jakobo,

’Me o tla timetsa mophonyohi leha e le ofe motseng.”+

20 Ha a bona Amaleke, a ntšetsa pele puo ea hae ea maele ’me a tsoela pele ho re:+

“Amaleke e bile oa pele lichabeng,+

Empa qetello ea hae hamorao e tla ba ho timela ha hae.”+

21 Ha a bona Bakene,+ a ntšetsa pele puo ea hae ea maele ’me a tsoela pele ho re:

“Lehae la hao lea tšoarella, ’me sebaka sa hao sa bolulo se behiloe lefikeng.

22 Empa ho tla ba le ea chesang Kaine.+

E tla ba halelele hakae ho fihlela Assyria e u isa kholehong?”+

23 A ntšetsa pele puo ea hae ea maele eaba o tsoela pele ho re:

“Ho malimabe! Ke mang ea tla sala a ntse a phela ha Molimo a etsa hoo?+

24 Ho tla ba le likepe tse tlohang lebōpong la Kitime,+

Ka sebele li tla hlorisa Assyria,+

Ruri li tla hlorisa Ebere.

Empa le eena qetellong o tla timela.”

25 Ka mor’a moo Balame a ema eaba oa tsamaea ’me o khutlela sebakeng sa habo.+ Balake le eena a tsamaea.

25 Joale Iseraele e ne e lula Shitime.+ Joale sechaba sa qala ho kopanela liphate ho litšila le barali ba Moabe.+ 2 Basali ba bitsetsa sechaba mahlabelong a melimo ea bona,+ eaba sechaba se qala ho ja le ho inamela melimo ea bona.+ 3 Kahoo Iseraele ea ikamahanya le Baale oa Peore;+ ’me bohale ba Jehova ba qala ho tukela Iseraele.+ 4 Kahoo Jehova a re ho Moshe: “Nka bohle ba ka sehloohong sechabeng ’me u ba pepese ho Jehova+ nģ’a letsatsing, hore bohale bo tukang ba Jehova bo khutle ho Iseraele.” 5 Joale Moshe a re ho baahloli ba Iseraele:+ “E mong le e mong oa lōna a bolaee+ batho ba habo ba ikamahantseng le Baale oa Peore.”

6 Empa, bonang! monna+ e mong oa bara ba Iseraele a tla, ’me o ne a atametsa mosali oa Momidiane+ ho barab’abo ka pel’a mahlo a Moshe le ka pel’a mahlo a phutheho eohle ea bara ba Iseraele, ha ba ntse ba lla monyako oa tente ea pokano. 7 Ha Finease+ mora oa Eleazare mora oa moprista Arone a re heli! ’me a bona seo, hang-hang a tloha har’a phutheho eaba o nka lerumo ka letsoho. 8 Joale a sala monna oa Iseraele morao ho ea tenteng e chitja eaba o ba hlaba ka bobeli, monna oa Iseraele le mosali ho phunyelletsa lithong tsa hae tsa botšehali. Lefu la seoa la emisoa ho bara ba Iseraele.+ 9 ’Me ba bolailoeng ke lefu la seoa ea e-ba likete tse mashome a mabeli a metso e mene.+

10 Joale Jehova a bua le Moshe, a re: 11 “Finease+ mora oa Eleazare mora oa moprista Arone o khutlisitse bohale+ ba ka holim ’a bara ba Iseraele ka ho se mamelle ha hae tlhōlisano ea letho mabapi le ’na har’a bona,+ hoo ke sa kang ka felisa bara ba Iseraele ka ho tsitlella boinehelo bo khethehileng.+ 12 Ka lebaka leo e-re, ‘Bona! ke mo fa selekane sa ka sa khotso. 13 E tla ba selekane sa boprista ho isa nakong e sa lekanyetsoang bakeng sa hae le bana ba hae ka mor’a hae,+ ka lebaka la hore ha aa ka a mamella tlhōlisano ea letho mabapi le Molimo+ oa hae ’me o koahetse libe tsa bara ba Iseraele.’”+

14 Lebitso la ea bolailoeng le mosali oa Momidiane ke Zimri mora oa Salu, morenana+ oa lelapa la habo ntate la Basimeone. 15 Lebitso la mosali oa Momidiane ea bolailoeng e ne e le Kozbi morali oa Zure;+ e ne e le ea ka sehloohong melokong ea lelapa la habo ntate la Midiane.+

16 Hamorao Jehova a bua le Moshe, a re: 17 “Bamidiane ba ke ba tšoenngoe, ’me le ba bolaee,+ 18 hobane ba le tšoenya ka liketso tsa bona tse mano+ tseo ba li entseng khahlanong le lōna ka mano tabeng ea Peore+ le tabeng ea Kozbi+ morali oa morenana oa Midiane, khaitseli ea bona e ileng ea bolaoa+ letsatsing la lefu la seoa tabeng ea Peore.”+

26 Eare ka mor’a lefu la seoa,+ Jehova a tsoela pele ho bolella Moshe le Eleazare mora oa moprista Arone sena: 2 “Balang phutheho eohle ea bara ba Iseraele ho tloha ka ba lilemo li mashome a mabeli ho ea holimo, ho ea ka matlo a bo-ntat’a bona, bohle ba tsoelang lebothong la Iseraele.”+ 3 Moshe le moprista Eleazare+ ba bua le bona lithoteng tsa lehoatata la Moabe+ pel’a Jordane Jeriko,+ ba re: 4 “[Ba baleng] ho tloha ka ba lilemo li mashome a mabeli ho ea holimo, feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.”+

Joale bara ba Iseraele ba ileng ba tsoa naheng ea Egepeta e ne e le: 5 Rubene, letsibolo+ la Iseraele; bara ba Rubene: Ho Hanoke+ lelapa la Bahanoke; ho Palu+ lelapa la Bapalu; 6 ho Hezrone+ lelapa la Bahezrone; ho Karmi+ lelapa la Bakarmi. 7 Ana e ne e le malapa a Barubene, ’me ba ngolisitsoeng ho bona ea e-ba likete tse mashome a mane a metso e meraro le makholo a supileng le mashome a mararo.+

8 Mora oa Palu e ne e le Eliabe. 9 Bara ba Eliabe: Nemuele le Dathane le Abirame. Dathane+ enoa le Abirame+ e ne e le ba bitsitsoeng har’a phutheho, ba ileng ba loana le Moshe le Arone phuthehong ea Kora,+ ha ba ne ba loana le Jehova.

10 Joale lefatše la ahlamisa molomo ’me la ba metsa.+ Ha e le Kora, a shoa ha phutheho e shoa ha mollo o chesa batho ba makholo a mabeli le mashome a mahlano.+ Ea e-ba tšoantšetso.+ 11 Leha ho le joalo, bara ba Kora ha baa ka ba shoa.+

12 Bara ba Simeone+ ka malapa a bona: Ho Nemuele+ lelapa la Banemuele; ho Jamine+ lelapa la Bajamine; ho Jakine+ lelapa la Bajakine; 13 ho Zera lelapa la Bazera; ho Shaule+ lelapa la Bashaule. 14 Ana e ne e le malapa a Basimeone: likete tse mashome a mabeli a metso e ’meli le makholo a mabeli.+

15 Bara ba Gade+ ka malapa a bona: Ho Zefone lelapa la Bazefone; ho Hagi lelapa la Bahagi; ho Shuni lelapa la Bashuni; 16 ho Ozni lelapa la Baozni; ho Eri lelapa la Baeri; 17 ho Arode lelapa la Baarode; ho Areli+ lelapa la Baareli. 18 Ana e ne e le malapa a bara ba Gade, ba ngolisitsoeng ho bona: likete tse mashome a mane le makholo a mahlano.+

19 Bara ba Juda+ e ne e le Ere+ le Onane.+ Leha ho le joalo, Ere le Onane ba ile ba shoella naheng ea Kanana.+ 20 Bara ba Juda ea e-ba, ka malapa a bona: Ho Shela+ lelapa la Bashela; ho Pereze+ lelapa la Bapereze; ho Zera+ lelapa la Bazera. 21 Bara ba Pereze ea e-ba: Ho Hezrone+ lelapa la Bahezrone; ho Hamule+ lelapa la Bahamule. 22 Ana e ne e le malapa a Juda,+ ba ngolisitsoeng ho bona: likete tse mashome a supileng a metso e tšeletseng le makholo a mahlano.+

23 Bara ba Isakare+ ka malapa a bona e ne e le: Ho Thola+ lelapa la Bathola; ho Puva lelapa la Bapune; 24 ho Jashube lelapa la Bajashube; ho Shimrone+ lelapa la Bashimrone. 25 Ana e ne e le malapa a Isakare, ba ngolisitsoeng ho bona: likete tse mashome a tšeletseng a metso e mene le makholo a mararo.+

26 Bara ba Zabulone+ ka malapa a bona e ne e le: Ho Serede lelapa la Baserede; ho Elone lelapa la Baelone; ho Jaliele+ lelapa la Bajaliele. 27 Ana e ne e le malapa a Bazabulone, ba ngolisitsoeng ho bona: likete tse mashome a tšeletseng le makholo a mahlano.+

28 Bara ba Josefa+ ka malapa a bona e ne e le Manase le Efraime.+ 29 Bara ba Manase+ e ne e le: Ho Makire+ lelapa la Bamakire. Makire a tsoala Gileade.+ Ho Gileade lelapa la Bagileade. 30 Bana e ne e le bara ba Gileade: Ho Jezere+ lelapa la Bajezere; ho Heleke lelapa la Baheleke; 31 ho Asriele lelapa la Baasriele; ho Shikeme lelapa la Bashikeme; 32 ho Shemida+ lelapa la Bashemida; ho Hefere+ lelapa la Bahefere. 33 Joale Zelofehade mora oa Hefere o ne a se na bara, empa a e-na le barali,+ ’me mabitso a barali ba Zelofehade e ne e le Mahela le Noe, Hogla, Milka le Tirza.+ 34 Ana e ne e le malapa a Manase, ’me ba ngolisitsoeng ho bona e ne e le likete tse mashome a mahlano a metso e ’meli le makholo a supileng.+

35 Bana e ne e le bara ba Efraime+ ka malapa a bona: Ho Shuthela+ lelapa la Bashuthela; ho Bekere lelapa la Babekere; ho Tahane+ lelapa la Batahane. 36 Bana e ne e le bara ba Shuthela: Ho Erane lelapa la Baerane. 37 Ana e ne e le malapa a bara ba Efraime,+ ba ngolisitsoeng ho bona: likete tse mashome a mararo a metso e ’meli le makholo a mahlano. Bana e ne e le bara ba Josefa ka malapa a bona.+

38 Bara ba Benjamine+ ka malapa a bona e ne e le: Ho Bela+ lelapa la Babela; ho Ashbele+ lelapa la Baashbele; ho Akirame lelapa la Baakirame; 39 ho Shefufame lelapa la Bashefufame; ho Hufame+ lelapa la Bahufame. 40 Bara ba Bela ea e-ba Arede le Naamane:+ Ho Arede lelapa la Baarede; ho Naamane lelapa la Banaamane. 41 Bana e ne e le bara ba Benjamine+ ka malapa a bona, ’me ba ngolisitsoeng ho bona e ne e le likete tse mashome a mane a metso e mehlano le makholo a tšeletseng.+

42 Bana e ne e le bara ba Dane+ ka malapa a bona: Ho Shuhame lelapa la Bashuhame. Ana e ne e le malapa a Dane+ ka malapa a bona. 43 Malapa ’ohle a Bashuhame, ba ngolisitsoeng ho bona, e ne e le likete tse mashome a tšeletseng a metso e mene le makholo a mane.+

44 Bara ba Ashere+ ka malapa a bona e ne e le: Ho Imna+ lelapa la Baimna; ho Ishvi+ lelapa la Baishvi; ho Beria lelapa la Baberia; 45 ho bara ba Beria: Ho Hebere lelapa la Bahebere; ho Malkiele+ lelapa la Bamalkiele. 46 Lebitso la morali oa Ashere e ne e le Sera.+ 47 Ana e ne e le malapa a bara ba Ashere,+ ba ngolisitsoeng ho bona: likete tse mashome a mahlano a metso e meraro le makholo a mane.+

48 Bara ba Nefthali+ ka malapa a bona e ne e le: Ho Jaziele+ lelapa la Bajaziele; ho Guni+ lelapa la Baguni; 49 ho Jezere+ lelapa la Bajezere; ho Shileme+ lelapa la Bashileme. 50 Ana e ne e le malapa a Nefthali+ ka malapa a bona, ’me ba ngolisitsoeng ho bona e ne e le likete tse mashome a mane a metso e mehlano le makholo a mane.+

51 Bana e ne e le ba ngolisitsoeng ho bara ba Iseraele: likete tse makholo a tšeletseng a motso o mong le makholo a supileng le mashome a mararo.+

52 Ka mor’a moo Jehova a bua le Moshe, a re: 53 “Naha e lokela ho aroleloa batho bana e le lefa ho ea ka palo ea mabitso.+ 54 U eketse lefa ho ea ka boholo ba palo, ’me u fokotse lefa+ ho ea ka bonyenyane ba eona. Lefa la e mong le e mong le fanoe ho lekana le batho ba habo ba ngolisitsoeng. 55 Naha e tla aroloa ka lotho+ feela. Ba tla fumana lefa ho ea ka mabitso a meloko ea bo-ntat’a bona. 56 Lefa la motho le tla aroloa pakeng tsa ba bangata le ba seng bakae ho ea ka qeto e entsoeng ka lotho.”

57 Joale bana e ne e le ba ngolisitsoeng ho Balevi+ ka malapa a bona: Ho Gershone+ lelapa la Bagershone; ho Kohathe+ lelapa la Bakohathe; ho Merari+ lelapa la Bamerari. 58 Ana e ne e le malapa a Balevi: lelapa la Balibni,+ lelapa la Bahebrone,+ lelapa la Bamaheli,+ lelapa la Bamushi,+ lelapa la Bakora.+

Kohathe+ a tsoala Amrame.+ 59 Lebitso la mosali oa Amrame e ne e le Jokebede,+ morali oa Levi, eo mosali oa hae a ileng a mo tsoalla Levi Egepeta. Ka mor’a nako a tsoalla Amrame Arone le Moshe le khaitseli ea bona Miriame.+ 60 Joale Arone a tsoalloa Nadabe le Abihu,+ Eleazare le Ithamare.+ 61 Empa Nadabe le Abihu ba ile ba shoa ka lebaka la ho hlahisa mollo oo e seng oa molao ka pel’a Jehova.+

62 Ba ngolisitsoeng ho bona ea e-ba likete tse mashome a mabeli a metso e meraro, bohle ba batona ho tloha ka ba nang le khoeli ho ea holimo.+ Etsoe ha baa ka ba ngolisoa har’a bara ba Iseraele,+ hobane ba ne ba ke ke ba fuoa lefa har’a bara ba Iseraele.+

63 Bana ke ba ileng ba ngolisoa ke Moshe le moprista Eleazare ha ba ne ba ngolisa bara ba Iseraele lithoteng tsa lehoatata tsa Moabe pel’a Jordane Jeriko.+ 64 Empa har’a bana ha hoa ka ha e-ba le motho ea neng a le har’a ba ileng ba ngolisoa ke Moshe le moprista Arone ha ba ne ba ngolisa bara ba Iseraele lefeelleng la Sinai.+ 65 Etsoe Jehova o ne a itse malebana le bona: “Ruri ba tla shoella lefeelleng.”+ Kahoo ha hoa ka ha sala motho ho bona haese Kalebe mora oa Jefune le Joshua mora oa Nune.+

27 Joale barali ba Zelofehade+ mora oa Hefere mora oa Gileade mora oa Makire mora oa Manase,+ oa malapa a Manase mora oa Josefa, ba atamela. Ana ke mabitso a barali ba hae: Mahela, Noe le Hogla le Milka le Tirza.+ 2 Ba ema ka pel’a Moshe le ka pel’a moprista Eleazare+ le ka pel’a marenana le phutheho eohle monyako oa tente ea pokano, ba re: 3 “Ntate o shoeletse lefeelleng,+ empa leha ho le joalo o ne a se har’a phutheho, ke hore, ba ileng ba ema khahlanong le Jehova phuthehong ea Kora,+ empa o shoele+ ka lebaka la sebe sa hae; ’me ha aa ka a ba le bara. 4 Ke hobane’ng ha lebitso la Ntate le lokela ho tlosoa lelapeng la hae kahobane a ne a se na mora?+ Re feng lefa har’a barab’abo Ntate.”+ 5 Eaba Moshe o hlahisa taba ea bona ka pel’a Jehova.+

6 Joale Jehova a bolella Moshe sena: 7 “Barali ba Zelofehade ba bua ka nepo. Ka sebele u lokela ho ba fa leruo har’a barab’abo ntat’a bona, ’me u fetisetse lefa la ntat’a bona ho bona.+ 8 U lokela ho bua le bara ba Iseraele, u re, ‘Haeba monna leha e le ofe a ka shoa a se na mora, joale le fetisetse lefa la hae ho morali oa hae. 9 Haeba a se na morali, joale le fe barab’abo lefa la hae. 10 Haeba a se na barab’abo, joale le fe barab’abo ntat’ae lefa la hae. 11 Haeba ntat’ae a se na barab’abo, joale le fane ka lefa la hae ho ea amanang+ le eena ka mali ea haufi-ufi le eena ho ba lelapa la hae, ’me o tla le rua. E tla ba taelo e hlomamisitsoeng ka qeto ea boahloli bakeng sa bara ba Iseraele, feela joalokaha Jehova a laetse Moshe.’”

12 Ka mor’a moo Jehova a re ho Moshe: “Nyolohela thabeng ena ea Abarime+ ’me u bone naha eo ka sebele ke tla e fa bara ba Iseraele.+ 13 Ha u e bone, joale u tla nkeloa ho batho+ ba heno, e, uena, feela joalokaha moholoane oa hao Arone a ile a nkoa,+ 14 kahobane le ile la fetohela taelo ea ka lefeelleng la Zine ha phutheho+ e qabana le ’na, tabeng ea ho nkhalaletsa+ ka metsi ka pel’a mahlo a eona. Ana ke metsi a Meriba+ Kadeshe+ lefeelleng la Zine.”+

15 Joale Moshe a bua le Jehova, a re: 16 “Jehova Molimo oa meea+ ea nama+ ea mefuta eohle a ke a behe monna+ hore a okamele phutheho 17 ea tla tsoa ka pel’a eona le ea tla kena ka pel’a eona le ea tla e ntša le ea tla e tlisa,+ hore phutheho ea Jehova e se ke ea tšoana le linku tse se nang molisa.”+ 18 Kahoo Jehova a re ho Moshe: “Inkele Joshua mora oa Nune, monna eo ho nang le moea+ ho eena, ’me u behe letsoho holim ’a hae;+ 19 u mo emise ka pel’a moprista Eleazare le ka pel’a phutheho eohle, ’me u mo laele ka pel’a mahlo a eona.+ 20 U behe ho hlompheha ho hong ha hao holim ’a hae,+ e le hore phutheho eohle ea bara ba Iseraele e ka mo mamela.+ 21 O tla ema ka pel’a moprista Eleazare, ’me o tla mo botsetsa+ ka kahlolo ea Urime+ ka pel’a Jehova. Ka taelo ea hae ba tla tsoa ’me ka taelo ea hae ba tla kena, eena le bara bohle ba Iseraele le phutheho eohle.”

22 Moshe a etsa feela joalokaha Jehova a ne a mo laetse. Tumellanong le hoo a nka Joshua ’me a mo emisa ka pel’a moprista Eleazare+ le ka pel’a phutheho eohle 23 ’me a beha matsoho holim ’a hae a mo laela,+ feela joalokaha Jehova a ne a buile ka Moshe.+

28 Jehova a bua ka ho eketsehileng le Moshe, a re: 2 “Laela bara ba Iseraele, ’me u re ho bona, ‘Le lokela ho ela hloko hore le ntlhahisetse nyehelo ea ka, bohobe+ ba ka, bakeng sa linyehelo tsa ka tse entsoeng ka mollo e le monko o khathollang ho ’na,+ ka linako tsa tsona tse behiloeng.’+

3 “U tla re ho bona, ‘Ena ke nyehelo e entsoeng ka mollo eo le tla e hlahisetsa Jehova: ka letsatsi likonyana tse peli tse tona tse phetseng hantle tse nang le selemo e le nyehelo ea secheso kamehla.+ 4 Le tla fana ka konyana e ’ngoe e tona hoseng, ’me konyana e ’ngoe e tona le tla fana ka eona pakeng tsa lishoalane tse peli,+ 5 hammoho le karolo ea leshome ea efa+ ea phofo e thumisehileng e le nyehelo ea lijo-thollo+ e kolobisitsoeng ka oli ea karolo ea bone ea hine ea oli e tutsoeng;+ 6 nyehelo ea kamehla ea secheso,+ e fanoeng Thabeng ea Sinai e le monko o khathollang, nyehelo e etselitsoeng Jehova ka mollo,+ 7 hammoho le nyehelo ea eona ea seno,+ karolo ea bone ea hine bakeng sa konyana+ e ’ngoe le e ’ngoe e tona. Tšollela nyehelo ea seno ea joala bo tahang+ sebakeng se halalelang bakeng sa Jehova. 8 U tla fana ka konyana e ’ngoe e tona pakeng tsa lishoalane tse peli. U tla fana ka eona hammoho le nyehelo ea lijo-thollo e tšoanang le ea hoseng le nyehelo ea eona e tšoanang ea seno e le nyehelo e entsoeng ka mollo, ea monko o khathollang ho Jehova.+

9 “‘Leha ho le joalo, ka letsatsi la sabatha+ ho tla ba le likonyana tse tona tse peli tse nang le selemo le litekanyo tse peli tsa leshome tsa phofo e thumisehileng e le nyehelo ea lijo-thollo e kolobisitsoeng ka oli, hammoho le nyehelo ea eona ea seno, 10 e le nyehelo ea secheso ea sabatha ka sabatha ea eona, hammoho le nyehelo ea secheso+ ea kamehla le nyehelo ea eona ea seno.+

11 “‘Mathoasong a likhoeli tsa lōna le tla hlahisetsa Jehova e le nyehelo ea secheso lipohoana tse peli le pheleu e le ’ngoe, likonyana tse tona tse supileng tse phetseng hantle e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo,+ 12 le litekanyo tse tharo tsa leshome tsa phofo e thumisehileng e le nyehelo ea lijo-thollo+ e kolobisitsoeng ka oli bakeng sa poho ka ’ngoe le litekanyo tse peli tsa leshome tsa phofo e thumisehileng e le nyehelo ea lijo-thollo e kolobisitsoeng ka oli bakeng sa pheleu e le ’ngoe,+ 13 ho latele tekanyo ea leshome ea phofo e thumisehileng e le nyehelo ea lijo-thollo e kolobisitsoeng ka oli bakeng sa konyana e ’ngoe le e ’ngoe e tona, e le nyehelo ea secheso, monko o khathollang,+ nyehelo e etselitsoeng Jehova ka mollo. 14 Ho be le halofo+ ea hine ea veine bakeng sa poho le karolo ea boraro+ ea hine bakeng sa pheleu le karolo ea bone+ ea hine bakeng sa konyana e tona e le linyehelo tsa tsona tsa seno. Ena ke nyehelo ea secheso ea khoeli le khoeli khoeling ea eona bakeng sa likhoeli tsa selemo.+ 15 Hape, ho lokela hore ho fanoe ka potsanyane+ e le ’ngoe e le nyehelo ea sebe ho Jehova ho phaella ho nyehelo ea secheso ea kamehla hammoho le nyehelo ea eona ea seno.+

16 “‘Ka khoeli ea pele, letsatsing la leshome le metso e mene la khoeli, e tla ba paseka+ ea Jehova. 17 Letsatsing la leshome le metso e mehlano la khoeli ena e tla ba mokete. Ho tla jeoa mahobe a sa lomosoang ka matsatsi a supileng.+ 18 Letsatsing la pele ho tla ba le kopano e halalelang.+ Le se ke la etsa mosebetsi o boima oa mofuta leha e le ofe.+ 19 Le hlahisetse Jehova nyehelo ea secheso,+ lipohoana tse peli le pheleu e le ’ngoe le likonyana tse supileng tse tona, e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo,+ e le nyehelo e entsoeng ka mollo. E be tse phetseng hantle ho lōna.+ 20 Le tla fana ka litekanyo tse tharo tsa leshome bakeng sa poho le litekanyo+ tse peli tsa leshome bakeng sa pheleu e le linyehelo tsa tsona tsa lijo-thollo+ tsa phofo e thumisehileng e kolobisitsoeng ka oli. 21 Le tla fana ka tekanyo+ ea leshome ka ho latellana bakeng sa konyana e ’ngoe le e ’ngoe e tona ho likonyana tse tona tse supileng; 22 le pōli e le ’ngoe ea nyehelo ea sebe bakeng sa ho koahela libe tsa lōna.+ 23 Ntle ho nyehelo ea secheso ea hoseng, e leng nyehelo ea secheso+ ea kamehla,+ le tla fana ka tsona. 24 Le tla fana ka tse tšoanang le tsena letsatsi le leng le le leng ka matsatsi a supileng joaloka bohobe,+ nyehelo e etselitsoeng Jehova ka mollo, ea monko o khathollang.+ E lokela ho fanoa hammoho le nyehelo ea secheso ea kamehla, le nyehelo ea eona ea seno. 25 Letsatsing la bosupa le lokela ho tšoara kopano e halalelang.+ Le se ke la etsa mosebetsi o boima oa mofuta leha e le ofe.+

26 “‘Ka letsatsi la litholoana tsa pele tse butsoitseng,+ ha le hlahisetsa Jehova nyehelo ea lōna ea lijo-thollo tse ncha, moketeng oa lōna oa libeke+ le lokela ho ba le kopano e halalelang. Le se ke la etsa mosebetsi o boima oa mofuta leha e le ofe.+ 27 Le hlahisetse Jehova lipoho tse peli, pheleu e le ’ngoe, likonyana tse supileng tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo+ e le nyehelo ea secheso hore e be monko o khathollang; 28 le litekanyo tse tharo tsa leshome bakeng sa poho ka ’ngoe, litekanyo tse peli tsa leshome+ bakeng sa pheleu ka ’ngoe e le nyehelo ea tsona ea lijo-thollo ea phofo e thumisehileng e kolobisitsoeng ka oli, 29 tekanyo ea leshome+ ka tatellano bakeng sa konyana e ’ngoe le e ’ngoe e tona ho likonyana tse supileng; 30 potsanyane e le ’ngoe bakeng sa ho koahela libe tsa lōna.+ 31 Ntle ho nyehelo ea kamehla ea secheso le nyehelo ea eona ea lijo-thollo, le tla fana ka tsona.+ E lokela hore e be tse phetseng hantle bakeng sa lōna,+ hammoho le linyehelo tsa tsona tsa seno.+

29 “‘Ka khoeli ea bosupa, ka la pele la khoeli, le lokela ho tšoara kopano e halalelang.+ Le se ke la etsa+ mosebetsi o boima oa mofuta leha e le ofe. E lokela ho ba letsatsi la molumo oa terompeta bakeng sa lōna.+ 2 Le fane ka pohoana e nyenyane, pheleu e le ’ngoe, likonyana tse tona tse supileng e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo, tse phetseng hantle+ e le nyehelo ea secheso ea Jehova hore e be monko o khathollang; 3 le nyehelo ea tsona ea lijo-thollo ea phofo e thumisehileng e kolobisitsoeng ka oli, litekanyo tse tharo tsa leshome bakeng sa poho, litekanyo tse peli tsa leshome bakeng sa pheleu,+ 4 le tekanyo e le ’ngoe ea leshome bakeng sa konyana e ’ngoe le e ’ngoe ho likonyana tse tona tse supileng;+ 5 le potsanyane e le ’ngoe e tona e le nyehelo ea sebe ea ho koahela libe tsa lōna;+ 6 ntle ho nyehelo ea secheso+ ea khoeli le khoeli le nyehelo ea eona ea lijo-thollo+ le nyehelo ea secheso+ ea kamehla le nyehelo ea eona ea lijo-thollo,+ hammoho le linyehelo tsa tsona tsa seno,+ ho ea ka mokhoa o tloaelehileng bakeng sa tsona, e le monko o khathollang, nyehelo e etselitsoeng Jehova ka mollo.+

7 “‘Ka la leshome la khoeli ena ea bosupa le lokela ho tšoara kopano e halalelang,+ ’me le hlorise meea+ ea lōna. Le se ke la etsa mosebetsi oa mofuta leha e le ofe.+ 8 Le hlahisetse Jehova pohoana e le ’ngoe, pheleu e le ’ngoe, likonyana tse supileng tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo+ e le nyehelo ea secheso, e le monko o khathollang. E lokela hore e be tse phetseng hantle ho lōna.+ 9 Le litekanyo tse tharo tsa leshome bakeng sa poho, litekanyo tse peli tsa leshome bakeng sa pheleu e le ’ngoe,+ e le nyehelo ea tsona ea lijo-thollo ea phofo e thumisehileng e kolobisitsoeng ka oli, 10 tekanyo ea leshome ka tatellano bakeng sa konyana ka ’ngoe e tona ho likonyana tse supileng tse tona;+ 11 potsanyane e le ’ngoe e le nyehelo ea sebe, ntle ho nyehelo ea sebe ea ho koahela libe+ le nyehelo ea secheso ea kamehla le nyehelo ea eona ea lijo-thollo, hammoho le linyehelo tsa tsona tsa seno.+

12 “‘Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la khoeli+ ea bosupa le lokela ho tšoara kopano e halalelang.+ Le se ke la etsa mosebetsi o boima oa mofuta leha e le ofe,+ ’me le etsetse Jehova mokete ka matsatsi a supileng.+ 13 Le hlahisetse Jehova lipohoana tse leshome le metso e meraro, lipheleu tse peli, likonyana tse tona tse leshome le metso e mene e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo e le nyehelo ea secheso,+ nyehelo e entsoeng ka mollo, e monko o khathollang. E lokela hore e be tse phetseng hantle.+ 14 Le litekanyo tse tharo tsa leshome bakeng sa poho ka ’ngoe ho lipoho tse leshome le metso e meraro, litekanyo tse peli tsa leshome bakeng sa pheleu ka ’ngoe ho lipheleu+ tse peli, e le nyehelo ea tsona ea lijo-thollo ea phofo e thumisehileng e kolobisitsoeng ka oli, 15 le tekanyo ea leshome bakeng sa konyana ka ’ngoe e tona ho likonyana tse tona tse leshome le metso e mene;+ 16 le potsanyane e le ’ngoe e le nyehelo ea sebe, ntle ho nyehelo ea secheso ea kamehla, nyehelo ea eona ea lijo-thollo le nyehelo ea eona ea seno.+

17 “‘Ka letsatsi la bobeli lipohoana tse leshome le metso e ’meli, lipheleu tse peli, likonyana tse tona tse leshome le metso e mene e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo, tse phetseng hantle;+ 18 le nyehelo ea tsona ea lijo-thollo+ le linyehelo tsa tsona tsa seno+ bakeng sa lipoho, lipheleu le likonyana tse tona ka palo ea tsona ho ea ka mokhoa o tloaelehileng;+ 19 le potsanyane e le ’ngoe e le nyehelo ea sebe,+ ntle ho nyehelo ea secheso ea kamehla le nyehelo ea eona ea lijo-thollo, hammoho le linyehelo tsa tsona tsa seno.+

20 “‘Ka letsatsi la boraro lipoho tse leshome le motso o mong, lipheleu tse peli, likonyana tse tona tse leshome le metso e mene e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo, tse phetseng hantle;+ 21 le nyehelo ea tsona ea lijo-thollo+ le linyehelo tsa tsona tsa seno+ bakeng sa lipoho, lipheleu le likonyana tse tona ka palo ea tsona ho ea ka mokhoa o tloaelehileng; 22 le pōli e le ’ngoe e le nyehelo ea sebe,+ ntle ho nyehelo ea secheso le nyehelo ea eona ea lijo-thollo le nyehelo ea eona ea seno.

23 “‘Ka letsatsi la bone lipoho tse leshome, lipheleu tse peli, likonyana tse tona tse leshome le metso e mene e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo, tse phetseng hantle;+ 24 nyehelo ea tsona ea lijo-thollo+ le linyehelo tsa tsona tsa seno+ bakeng sa lipoho, lipheleu le likonyana tse tona ka palo ea tsona ho ea ka mokhoa o tloaelehileng;+ 25 le potsanyane e le ’ngoe e le nyehelo ea sebe,+ ntle ho nyehelo ea secheso ea kamehla,+ nyehelo ea eona ea lijo-thollo le nyehelo ea eona ea seno.+

26 “‘Ka letsatsi la bohlano lipoho tse robong, lipheleu tse peli, likonyana tse tona tse leshome le metso e mene e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo, tse phetseng hantle;+ 27 le nyehelo ea tsona ea lijo-thollo+ le linyehelo tsa tsona tsa seno+ bakeng sa lipoho, lipheleu le likonyana tse tona ka palo ea tsona ho ea ka mokhoa o tloaelehileng;+ 28 le pōli e le ’ngoe e le nyehelo ea sebe,+ ntle ho nyehelo ea secheso ea kamehla le nyehelo ea eona ea lijo-thollo le nyehelo ea eona ea seno.+

29 “‘Ka letsatsi la botšelela lipoho tse robeli, lipheleu tse peli, likonyana tse tona tse leshome le metso e mene e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo, tse phetseng hantle;+ 30 le nyehelo ea tsona ea lijo-thollo+ le linyehelo tsa tsona tsa seno+ bakeng sa lipoho, lipheleu le likonyana tse tona ka palo ea tsona ho ea ka mokhoa o tloaelehileng;+ 31 le pōli e le ’ngoe e le nyehelo ea sebe,+ ntle ho nyehelo ea secheso ea kamehla, nyehelo ea eona ea lijo-thollo le linyehelo tsa eona tsa seno.+

32 “‘Ka letsatsi la bosupa lipoho tse supileng, lipheleu tse peli, likonyana tse tona tse leshome le metso e mene e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo, tse phetseng hantle;+ 33 le nyehelo ea tsona ea lijo-thollo+ le linyehelo tsa tsona tsa seno+ bakeng sa lipoho, lipheleu le likonyana tse tona ka palo ea tsona ho ea ka mokhoa o tloaelehileng bakeng sa tsona;+ 34 le pōli e le ’ngoe e le nyehelo ea sebe,+ ntle ho nyehelo ea secheso ea kamehla, nyehelo ea eona ea lijo-thollo le nyehelo ea eona ea seno.+

35 “‘Ka letsatsi la borobeli le lokela ho tšoara seboka se hlomphehang.+ Le se ke la etsa mosebetsi o boima oa mofuta leha e le ofe.+ 36 Le hlahisetse Jehova poho e le ’ngoe, pheleu e le ’ngoe, likonyana tse tona tse supileng e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo, tse phetseng hantle+ e le nyehelo ea secheso, nyehelo e entsoeng ka mollo, ea monko o khathollang; 37 le nyehelo ea tsona ea lijo-thollo+ le linyehelo tsa tsona tsa seno+ bakeng sa poho, pheleu le likonyana tse tona ka palo ea tsona ho ea ka mokhoa o tloaelehileng;+ 38 le pōli e le ’ngoe e le nyehelo ea sebe,+ ntle ho nyehelo ea secheso ea kamehla le nyehelo ea eona ea lijo-thollo le nyehelo ea eona ea seno.+

39 “‘Le li nyehele ho Jehova meketeng ea lōna e bang ka linako tse itseng,+ ntle ho linyehelo tsa lōna tsa boitlamo+ le linyehelo tsa lōna tsa boithaopo,+ e le linyehelo tsa lōna tsa secheso+ le linyehelo tsa lōna tsa lijo-thollo+ le linyehelo tsa lōna tsa seno+ le mahlabelo a lōna a kopanetsoeng.’”+ 40 Moshe a bua le bara ba Iseraele ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova a neng a e laetse Moshe.+

30 Joale Moshe a bua le lihlooho+ tsa meloko ea bara ba Iseraele, a re: “Lena ke lentsoe leo Jehova a le laetseng: 2 Haeba monna a etsa boitlamo+ ho Jehova kapa a hlapanya ka kano+ e tlamang moea oa hae ka boitlamo ba ho ithiba,+ a se ke a koenehela lentsoe la hae.+ O lokela ho etsa tumellanong le sohle se tsoileng molomong oa hae.+

3 “Haeba mosali a etsa boitlamo ho Jehova+ kapa a itlama ka boitlamo ba ho ithiba ka tlung ea ntat’ae bocheng ba hae, 4 ’me ntat’ae a fela a utloa boitlamo ba hae kapa boitlamo ba hae ba ho ithiba boo a tlammeng moea oa hae ka bona ’me ntat’ae a sa re letho ho eena, boitlamo bohle ba hae le bona bo tla ema bo tiile, ’me boitlamo bo bong le bo bong ba ho ithiba+ boo a tlammeng moea oa hae ka bona bo tla ema bo tiile. 5 Empa haeba ntat’ae a mo hanetse letsatsing leo a utloang boitlamo bohle ba hae ka lona kapa boitlamo ba hae ba ho ithiba boo a tlammeng moea oa hae ka bona, bo ke ke ba ema bo tiile, empa Jehova o tla mo tšoarela, hobane ntat’ae o mo hanetse.+

6 “Leha ho le joalo, haeba a e-na le monna, ’me boitlamo ba hae bo holim ’a hae+ kapa tšepiso e entsoeng ka ho se nahane ea molomo oa hae e tlamme moea oa hae, 7 ’me monna oa hae a fela a bo utloa ’me a sa re letho ho eena letsatsing leo a bo utloang ka lona, boitlamo ba hae le bona bo tla ema bo tiile kapa boitlamo ba hae ba ho ithiba boo a tlammeng moea oa hae ka bona bo tla ema bo tiile.+ 8 Empa haeba monna oa hae letsatsing leo a bo utloang ka lona a mo hanela,+ o boetse o hlakotse boitlamo ba hae bo holim ’a hae kapa tšepiso e entsoeng ka ho se nahane ea molomo oa hae eo a tlammeng moea oa hae ka eona, ’me Jehova o tla mo tšoarela.+

9 “Tabeng ea boitlamo ba mohlolohali kapa mosali ea hlaliloeng, ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a tlammeng moea oa hae ka eona e tla ema khahlanong le eena.

10 “Leha ho le joalo, haeba ke ka tlung ea monna oa hae a itlammeng kapa a tlammeng moea oa hae ka boitlamo ba ho ithiba+ ka kano, 11 ’me monna oa hae a bo utloile ’me a sa re letho ho eena, ha aa mo hanela; ’me boitlamo bohle ba hae bo tla ema bo tiile kapa boitlamo leha e le bofe ba ho ithiba boo a tlammeng moea oa hae ka bona bo tla ema bo tiile. 12 Empa haeba monna oa hae a bo hlakotse ka ho feletseng letsatsing leo ka lona a utloang polelo leha e le efe ea molomo oa hae e le boitlamo ba hae kapa e le boitlamo ba moea oa hae ba ho ithiba, bo ke ke ba ema bo tiile.+ Monna oa hae o bo hlakotse, ’me Jehova o tla mo tšoarela.+ 13 Boitlamo leha e le bofe kapa kano leha e le efe ea boitlamo ba ho ithiba bo etselitsoeng ho hlorisa moea,+ monna oa hae o tla bo tiisa kapa monna oa hae o tla bo hlakola. 14 Empa haeba monna oa hae a sa re letho ho eena ka ho feletseng letsatsi le leng le le leng, o boetse o tiisitse boitlamo bohle ba hae kapa boitlamo bohle ba hae ba ho ithiba bo holim ’a hae.+ O bo tiisitse hobane ha aa ka a re letho ho eena letsatsing leo a bo utloang ka lona. 15 Haeba a bo hlakola ka ho feletseng ka mor’a ho bo utloa, ka sebele o tla boela a jare phoso ea hae.+

16 “Ena ke melao ea tsamaiso eo Jehova a e laetseng Moshe pakeng tsa monna le mosali oa hae,+ pakeng tsa ntate le morali oa hae bocheng ba hae ka tlung ea ntat’ae.”+

31 Joale Jehova a bua le Moshe, a re: 2 “Iphetetse+ ho Bamidiane+ bakeng sa bara ba Iseraele. Ka mor’a moo u tla nkeloa ho batho ba heno.”+

3 Kahoo Moshe a bua le sechaba, a re: “Hlomellang banna har’a lōna bakeng sa lebotho, hore ba futuhele Midiane ho phethisa phetetso ea Jehova ho Midiane.+ 4 Le tla romela lebothong ba sekete molokong o mong le o mong oa meloko eohle ea Iseraele.” 5 Ka lebaka leo ho likete+ tsa Iseraele ho ile ha abeloa ba sekete molokong ka mong, ba likete tse leshome le metso e ’meli ba hlometseng bakeng sa lebotho.+

6 Joale Moshe a ba romela, ba sekete molokong ka mong, ho ea lebothong, bona le Finease+ mora oa moprista Eleazare ho ea lebothong, ’me lisebelisoa tse halalelang le literompeta+ tsa ho etsa mohoo li ne li le letsohong la hae. 7 Ba loantša Midiane, feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe, ’me ba bolaea e mong le e mong e motona.+ 8 Ba bolaea marena a Midiane hammoho le ba bang ba bolailoeng, e leng, Evi le Rekeme le Zure le Hure le Reba, marena a mahlano a Midiane;+ ’me ba bolaea Balame+ mora oa Beore ka sabole. 9 Empa bara ba Iseraele ba isa basali ba Midiane le bana ba bona ba banyenyane kholehong;+ ’me ba tlatlapa liphoofolo tsohle tsa bona tse ruuoang le mehlape eohle ea bona le sohle seo ba iphelisang ka sona. 10 Metse eohle ea bona eo ba neng ba ahile ho eona le liahelo tsa bona tse pota-potiloeng ke lerako ba li chesa ka mollo.+ 11 Ba qala ho nka thepa eohle e hapuoeng+ le khapo eohle e leng batho le liphoofolo tse ruuoang. 12 Ba tlisa ho Moshe le ho moprista Eleazare le ho phutheho eohle ea bara ba Iseraele baholehuoa le khapo le thepa e hapuoeng, liahelong, lithoteng tse lehoatata tsa Moabe,+ tse pel’a Jordane Jeriko.

13 Joale Moshe le moprista Eleazare le marenana ’ohle a phutheho ba tsoa ho ea ba khahlanyetsa ka ntle ho liahelo. 14 Moshe a halefela banna ba behiloeng ba mabotho a hlaselang,+ balaoli ba ba likete le balaoli ba ba makholo ba neng ba tsoa phutuhong ea sesole. 15 Kahoo Moshe a re ho bona: “Na le bolokile e mong le e mong e motšehali a phela?+ 16 Bonang! Ke bona bao, ka polelo ea Balame, ba ileng ba hlohlelletsa bara ba Iseraele hore ba se ke ba tšepahala+ ho Jehova tabeng ea Peore,+ hoo lefu la seoa le ileng la tlela phutheho ea Jehova.+ 17 Joale bolaeang e mong le e mong e motona har’a bana ba banyenyane, ’me le bolaee mosali e mong le e mong ea kopanetseng liphate le monna ka ho robala le e motona.+ 18 Le ipolokele bana bohle ba banyenyane ba phela har’a basali ba sa tsebang ketso ea ho robala le e motona.+ 19 Ha e le lōna, hlomang liahelo ka ntle ho liahelo ka matsatsi a supileng. E mong le e mong ea bolaileng moea+ le e mong le e mong ea amileng ea bolailoeng,+ le itlhoekise+ ka letsatsi la boraro le ka letsatsi la bosupa, lōna le baholehuoa ba lōna. 20 Seaparo se seng le se seng le ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea letlalo le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e entsoeng ka boea ba pōli le ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea lehong le lokela hore le itlhoekisetse tsona ho li tlosa sebe.”+

21 Joale moprista Eleazare a re ho banna ba lebotho ba neng ba ile ntoeng: “Ena ke taelo e hlomamisitsoeng ea molao oo Jehova a o laetseng Moshe, 22 ‘Ke feela khauta le silevera, koporo, tšepe, le thini le loto, 23 ntho e ’ngoe le e ’ngoe e chesitsoeng ka mollo,+ tseo le lokelang ho li fetisa mollong, ’me li tla hloeka. Li lokela ho hloekisoa feela ka metsi a tlhoekiso.+ Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e sa chesoang ka mollo le lokela ho e fetisa metsing.+ 24 Le hlatsoe liaparo tsa lōna ka letsatsi la bosupa ’me le hloeke, ka mor’a moo le ka kena liahelong.’”+

25 Jehova a re ho Moshe: 26 “Bala se hapuoeng, baholehuoa ba moloko oa batho hammoho le liphoofolo tse ruuoang, uena le moprista Eleazare le lihlooho tsa bo-ntate ba phutheho. 27 U arole khapo habeli pakeng tsa ba kopanelang ntoeng ba ileng ba tsoa ka phutuho le ba bang kaofela ba phutheho.+28 Ho banna ba ntoa ba ileng ba tsoa ka phutuho u nke moea o le mong ho e makholo a mahlano, ho moloko oa batho le ho mohlape oa liphoofolo tse khōlō le ho liesele le ho mohlape oa likhutšoane, e le lekhetho+ la Jehova. 29 Le lokela ho le nka halofong ea bona ’me le le fe moprista Eleazare e le monehelo oa Jehova.+ 30 Halofong ea bara ba Iseraele u lokela ho nka a le mong ho ba mashome a mahlano, molokong oa batho, mohlapeng oa liphoofolo tse khōlō, lieseleng le mohlapeng oa likhutšoane, phoofolong e ruuoang ea mofuta o mong le o mong, ’me u li fe Balevi,+ bahlokomeli ba mosebetsi oa tabernakele ea Jehova.”+

31 Moshe le moprista Eleazare ba etsa feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe. 32 Khapo eo, thepa e ’ngoe kaofela e tlatlapuoeng eo batho ba bileng phutuhong ba neng ba e nkile e le thepa e tlatlapuoeng, ea e-ba mohlape oa likhutšoane tse likete tse makholo a tšeletseng le mashome a supileng a metso e mehlano, 33 le mohlape oa liphoofolo tse khōlō tse likete tse mashome a supileng a metso e ’meli, 34 le liesele tse likete tse mashome a tšeletseng a motso o mong. 35 Ha e le meea+ ea batho ho basali ba sa tsebang ketso ea ho robala le e motona,+ meea eo eohle e ne e le likete tse mashome a mararo a metso e ’meli. 36 Halofo eo e neng e le kabelo ea ba tsoileng ka phutuho ha e baloa ea e-ba mohlape oa likhutšoane tse likete tse makholo a mararo le mashome a mararo a metso e supileng le makholo a mahlano. 37 Lekhetho+ la Jehova mohlapeng oa likhutšoane ea e-ba makholo a tšeletseng le mashome a supileng a metso e mehlano. 38 Mohlapeng oa liphoofolo tse khōlō ho ne ho e-na le likete tse mashome a mararo a metso e tšeletseng, ’me lekhetho la oona bakeng sa Jehova e ne e le mashome a supileng a metso e ’meli. 39 Liesele li ne li le likete tse mashome a mararo le makholo a mahlano, ’me lekhetho la tsona bakeng sa Jehova e ne e le mashome a tšeletseng a motso o mong. 40 Meea ea batho e ne e le likete tse leshome le metso e tšeletseng, ’me lekhetho la eona bakeng sa Jehova e ne e le meea e mashome a mararo a metso e ’meli. 41 Joale Moshe a fana ka lekhetho e le monehelo oa Jehova ho moprista Eleazare,+ feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.+

42 Halofong ea bara ba Iseraele, eo Moshe a e arotseng ho seo e leng sa banna ba loanneng: 43 Joale halofo ea phutheho e tlohang mohlapeng oa likhutšoane ea e-ba likete tse makholo a mararo le mashome a mararo a metso e supileng le makholo a mahlano, 44 ’me mohlape oa liphoofolo tse khōlō, ea e-ba likete tse mashome a mararo a metso e tšeletseng, 45 liesele, ea e-ba likete tse mashome a mararo le makholo a mahlano, 46 ’me meea ea batho, ea e-ba likete tse leshome le metso e tšeletseng. 47 Joale halofong ea bara ba Iseraele Moshe a nka a le mong ea lokelang ho nkoa ho ba mashome a mahlano, molokong oa batho le liphoofolong tse ruuoang, ’me a li fa Balevi,+ bahlokomeli ba mosebetsi+ oa tabernakele ea Jehova, feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.

48 Banna ba behiloeng bao e neng e le karolo ea ba likete ba lebotho,+ balaoli ba ba likete le balaoli ba ba makholo,+ ba atamela Moshe, 49 ba re ho Moshe: “Bahlanka ba hao ba balile banna ba ntoa ba taolong ea rōna ’me ha ho le ea mong eo ho tlalehiloeng hore ha a eo ho rōna.+ 50 Kahoo a re hlahiseng e mong le e mong seo a se fumaneng e le nyehelo+ ea Jehova, lintho tsa khauta, liketane tsa maqaqailana, le lipetja, masale+ a tiiso a roaloang menoaneng, masale, le mekhabiso+ ea basali, e le ho koahela libe tsa meea ea rōna ka pel’a Jehova.”

51 Ka lebaka leo Moshe le moprista Eleazare ba amohela khauta ho bona,+ mabenyane ’ohle. 52 Khauta eohle ea monehelo oo ba o nehetseng ho Jehova ea e-ba lishekele tse likete tse leshome le metso e tšeletseng le makholo a supileng le mashome a mahlano, e tsoa ho balaoli ba ba likete le balaoli ba ba makholo. 53 E mong le e mong ho banna ba lebotho o ne a inketse se tlatlapuoeng.+ 54 Kahoo Moshe le moprista Eleazare ba amohela khauta ho balaoli ba ba likete le ba ba makholo ’me ba e tlisa tenteng ea pokano e le sehopotso+ ho bara ba Iseraele ka pel’a Jehova.

32 Joale bara ba Rubene+ le bara ba Gade+ ba ne ba e-na le liphoofolo tse ngata tse ruiloeng, ka sebele li le ngata haholo. Ba qala ho bona naha ea Jazere+ le naha ea Gileade, ’me, bonang! sebaka seo e ne e le sebaka sa liphoofolo tse ruiloeng. 2 Kahoo bara ba Gade le bara ba Rubene ba tla ’me ba re ho Moshe le ho moprista Eleazare le ho marenana a phutheho: 3 “Atarothe+ le Dibone+ le Jazere le Nimra+ le Heshbone+ le Eleale+ le Sebame le Nebo+ le Beone,+ 4 naha eo Jehova a e hlōtseng+ ka pel’a phutheho ea Iseraele, ke naha ea liphoofolo, ’me bahlanka ba hao ba na le liphoofolo tse ruiloeng.”+ 5 Ba tsoela pele ho re: “Haeba re fumane kamohelo mahlong a hao, naha ena e ke e fuoe bahlanka ba hao e le letlotlo. U se ke ua re tšelisa Jordane.”+

6 Joale Moshe a re ho bara ba Gade le bara ba Rubene: “Na barab’abo lōna ba tla ea ntoeng ha lōna le lutse moo?+ 7 Ke hobane’ng ha le lokela ho nyahamisa bara ba Iseraele hore ba se ke ba tšelela naheng eo ka sebele Jehova a tla ba fa eona? 8 Ke tsela eo bo-ntat’a lōna ba entseng+ ka eona ha ke ba romela ba le Kadeshe-barnea+ ho ea bona naha. 9 Ha ba nyolohela phuleng ea molapo o phoroselang ea Eshkole+ ’me ba bona naha, joale ba ile ba nyahamisa bara ba Iseraele, hore ba se ke ba ea naheng eo ka sebele Jehova a neng a tla ba fa eona.+ 10 Ka lebaka leo bohale ba Jehova bo ile ba tuka letsatsing leo hoo a ileng a hlapanya,+ a re, 11 ‘Banna ba nyolohileng Egepeta ho tloha ka ba lilemo li mashome a mabeli ho ea holimo+ ba ke ke ba bona naha eo ke hlapanyelitseng Abrahama, Isaka le Jakobo+ ka eona, hobane ha baa ka ba ntatela ka ho feletseng, 12 haese Kalebe+ mora oa Jefune Mokenize le Joshua+ mora oa Nune, hobane ba latetse Jehova ka ho feletseng.’ 13 Kahoo bohale ba Jehova ba tukela Baiseraele ’me a etsa hore ba lelere lefeelleng ka lilemo tse mashome a mane,+ ho fihlela moloko oohle o neng o etsa bobe mahlong a Jehova o fela.+ 14 Bonang! le eme sebakeng sa bo-ntat’a lōna le le bana ba banna ba nang le sebe ho phaella bohaleng bo tukang ba Jehova+ khahlanong le Iseraele. 15 Haeba le ka tlohela ho mo latela,+ ka sebele le eena o tla boela a ba tlohele hore ba lule haleletsana lefeelleng,+ ’me le tla be le entse ka mokhoa o senyang sechabeng sena sohle.”+

16 Hamorao ba mo atamela ba re: “A re haheng masaka a majoe a mohlape mona bakeng sa liphoofolo tsa rōna tse ruiloeng le metse bakeng sa bana ba rōna ba banyenyane. 17 Empa rōna re tla tsamaea re hlometse ka tlhophiso ea ntoa+ ka pel’a bara ba Iseraele ho fihlela neng kapa neng ha re se re ba tlisitse sebakeng sa bona, ha bana ba rōna ba banyenyane ba ntse ba lula metseng e nang le liqhobosheane hōle le lifahleho tsa baahi ba naha. 18 Re ke ke ra khutlela matlong a rōna ho fihlela bara ba Iseraele ba ithuetse litša, e mong le e mong a e-na le lefa la hae.+ 19 Etsoe re ke ke ra fumana lefa hammoho le bona ka lehlakoreng la Jordane le ka nģ’ane, hobane re fumane lefa la rōna lehlakoreng la Jordane ka nģ’a bochaba-tsatsi.”+

20 Eaba Moshe o re ho bona: “Haeba le tla etsa ntho ena, haeba le tla itlhomella ka pel’a Jehova bakeng sa ntoa,+ 21 ’me e mong le e mong oa lōna ea hlometseng o tla tšela Jordane ka pel’a Jehova, ho fihlela a leleka lira tsa hae ka pel’a hae,+ 22 le naha e hlōloa ka pel’a Jehova,+ ’me ka mor’a moo le khutla,+ ruri le lōna le tla be le bontšitse hore ha le na molato khahlanong le Jehova le khahlanong le Iseraele; ’me naha ena e tla ba ea lōna e le letlotlo ka pel’a Jehova.+ 23 Empa haeba le sa etse ka tsela ena, ka sebele le tla be le sitetsoe Jehova.+ Tabeng eo le tsebe hore sebe sa lōna se tla le fumana.+ 24 Ikaheleng metse bakeng sa bana ba lōna ba banyenyane le masaka a majoe bakeng sa mehlape ea lōna, ’me le phethe se tsoileng melomong ea lōna.”+

25 Joale bara ba Gade le bara ba Rubene ba re ho Moshe: “Bahlanka ba hao ba tla etsa feela joalokaha moren ’a ka a laela.+ 26 Bana ba rōna ba banyenyane, basali ba rōna, mehlape ea rōna le liphoofolo tsohle tsa rōna tse ruuoang li tla lula mona metseng ea Gileade,+ 27 empa bahlanka ba hao ba tla tšela, e mong le e mong a hlometse bakeng sa lebotho,+ ka pel’a Jehova bakeng sa ntoa, feela joalokaha moren ’a ka a bua.”

28 Tumellanong le hoo Moshe a fana ka taelo mabapi le bona ho moprista Eleazare le ho Joshua mora oa Nune le ho lihlooho tsa bo-ntat’a meloko ea bara ba Iseraele. 29 Kahoo Moshe a re ho bona: “Haeba bara ba Gade le bara ba Rubene ba tšela Jordane le lōna, e mong le e mong a hlometse bakeng sa ntoa,+ ka pel’a Jehova, ’me naha e hlōloa ka pel’a lōna, joale le ba fe naha ea Gileade e le leruo.+ 30 Empa haeba ba sa tšele le lōna ba hlometse, joale ba tla lula har’a lōna naheng ea Kanana.”+

31 Eaba bara ba Gade le bara ba Rubene baa araba, ba re: “Seo Jehova a se boleletseng bahlanka ba hao ke tsela eo re tla etsa ka eona.+ 32 Rōna re tla tšelela naheng ea Kanana+ re hlometse ka pel’a Jehova, ’me lefa la rōna le tla ba le rōna lehlakoreng lena la Jordane.”+ 33 Eaba Moshe oa ba fa, ke hore, bara ba Gade+ le bara ba Rubene+ le halofo ea moloko oa Manase+ mora oa Josefa, ’muso oa Sihone+ morena oa Baamore le ’muso oa Oge+ morena oa Bashane, naha eo e neng e le ea metse ea eona libakeng tsa eona, le metse ea naha eo ho potoloha ka hohle.

34 Bara ba Gade ba haha Dibone+ le Atarothe+ le Aroere,+ 35 le Aterothe-shofane le Jazere+ le Jogbeha,+ 36 le Bethe-nimra+ le Bethe-harane,+ metse ea liqhobosheane,+ le masaka a majoe a mehlape.+ 37 Bara ba Rubene ba haha Heshbone+ le Eleale+ le Kiriathaime,+ 38 le Nebo+ le Baale-meone+—mabitso a eona a fetotsoe—le Sibma; ’me ba qala ho rehella metse eo ba e hahileng ka mabitso a bona.

39 Bara ba Makire+ mora oa Manase ba ea Gileade ba e hapa ’me ba leleka Baamore ba neng ba le ho eona. 40 Kahoo Moshe a fana ka Gileade ho Makire mora oa Manase, ’me a lula teng.+ 41 Jaire mora oa Manase a tsamaea ’me a hapa metsana ea bona ea litente, eaba o qala ho e bitsa Havothe-jaire.+ 42 Noba a tsamaea ’me a hapa Kenathe+ le metse e itšetlehileng ka eona; ’me a qala ho e rehella ka lebitso la hae la Noba.

33 Ena ke mekhahlelo ea bara ba Iseraele ba ileng ba tsoa naheng ea Egepeta+ ka mabotho+ a bona ka letsoho la Moshe le Arone.+ 2 Moshe a ’na a tlaleha libaka tseo ho tloheloang ho tsona ka mekhahlelo ea bona ho ea ka taelo ea Jehova; ena ke mekhahlelo ea bona ho tloha sebakeng se seng seo ho tloheloang ho sona ho ea ho se seng:+ 3 Ba tloha Ramsese+ ka khoeli ea pele, letsatsing la leshome le metso e mehlano la khoeli ea pele.+ Letsatsi feela ka mor’a paseka+ bara ba Iseraele ba tloha ba phahamisitse matsoho ka pel’a mahlo a Baegepeta.+ 4 Ka nako ena eohle Baegepeta ba ne ba pata bao Jehova a neng a ba bolaile har’a bona, ke hore, matsibolo ’ohle;+ ’me Jehova o ne a phethisitse likahlolo ho melimo ea bona.+

5 Kahoo bara ba Iseraele ba tloha Ramsese+ ’me ba hloma liahelo Sukothe.+ 6 Joale ba tloha Sukothe ’me ba hloma liahelo Ethame,+ e moeling oa lefeella. 7 Ka mor’a moo ba tloha Ethame ’me ba khutlela Pihahirothe,+ e ka pel’a Baale-zefone;+ ’me ba hloma liahelo ka pel’a Migdole.+ 8 Ka mor’a moo ba tloha Pihahirothe ’me ba feta har’a leoatle+ ho ea lefeelleng+ ’me ba ’na ba tsamaea leeto la matsatsi a mararo lefeelleng la Ethame+ eaba ba hloma liahelo Mara.+

9 Joale ba tloha Mara ’me ba fihla Elime.+ Joale Elime ho ne ho e-na le liliba tse leshome le metso e ’meli tsa metsi le lifate tsa lipalema tse mashome a supileng. Kahoo ba hloma liahelo teng. 10 Ka mor’a moo ba tloha Elime ’me ba hloma liahelo pel’a Leoatle le Lefubelu. 11 Ka mor’a moo ba tloha Leoatleng le Lefubelu ’me ba hloma liahelo lefeelleng la Sine.+ 12 Joale ba tloha lefeelleng la Sine ’me ba hloma liahelo Dofeka. 13 Hamorao ba tloha Dofeka ’me ba hloma liahelo Alushe. 14 Ka mor’a moo ba tloha Alushe ’me ba hloma liahelo Refidime.+ Ho ne ho se na metsi moo hore sechaba se noe. 15 Ka mor’a moo ba tloha Refidime ’me ba hloma liahelo lefeelleng la Sinai.+

16 Ka mor’a moo ba tloha lefeelleng la Sinai ’me ba hloma liahelo Kibrothe-hatava.+ 17 Joale ba tloha Kibrothe-hatava ’me ba hloma liahelo Hazerothe.+ 18 Ka mor’a moo ba tloha Hazerothe ’me ba hloma liahelo Rithma. 19 Ka mor’a moo ba tloha Rithma ’me ba hloma liahelo Rimone-pereze. 20 Joale ba tloha Rimone-pereze ’me ba hloma liahelo Libna. 21 Hamorao ba tloha Libna ’me ba hloma liahelo Risa. 22 Ka mor’a moo ba tloha Risa ’me ba hloma liahelo Kehelatha. 23 Joale ba tloha Kehelatha ’me ba hloma liahelo Thabeng ea Shefere.

24 Ka mor’a moo ba tloha Thabeng ea Shefere ’me ba hloma liahelo+ Harada. 25 Joale ba tloha Harada ’me ba hloma liahelo Makhelothe. 26 Ka mor’a moo ba tloha+ Makhelothe ’me ba hloma liahelo Tahathe. 27 Ka mor’a moo ba tloha Tahathe ’me ba hloma liahelo Tera. 28 Joale ba tloha Tera ’me ba hloma liahelo Mithka. 29 Hamorao ba tloha Mithka ’me ba hloma liahelo Hashmona. 30 Ka mor’a moo ba tloha Hashmona ’me ba hloma liahelo Moserothe. 31 Joale ba tloha Moserothe ’me ba hloma liahelo Bene-jakane.+ 32 Ka mor’a moo ba tloha Bene-jakane ’me ba hloma liahelo Hore-hagidegade. 33 Ka mor’a moo ba tloha Hore-hagidegade ’me ba hloma liahelo Jotbatha.+ 34 Hamorao ba tloha Jotbatha ’me ba hloma liahelo Abrona. 35 Joale ba tloha Abrona ’me ba hloma liahelo Ezione-gebere.+ 36 Ka mor’a moo ba tloha Ezione-gebere ’me ba hloma liahelo lefeelleng la Zine,+ ke ho re, Kadeshe.

37 Hamorao ba tloha Kadeshe ’me ba hloma liahelo Thabeng ea Hore,+ moeling oa naha ea Edomo. 38 Moprista Arone a nyolohela Thabeng ea Hore ka taelo ea Jehova ’me a shoella teng selemong sa mashome a mane sa ho tsoa ha bara ba Iseraele naheng ea Egepeta, ka khoeli ea bohlano, ka la pele la khoeli.+ 39 Arone o ne a le lilemo li lekholo le mashome a mabeli a metso e meraro ha a shoella Thabeng ea Hore.

40 Joale Mokanana, morena oa Arade,+ kaha o ne a lula Negebe,+ naheng ea Kanana, a utloela ka ho tla ha bara ba Iseraele.

41 Ka mor’a nako ba tloha Thabeng ea Hore+ ’me ba hloma liahelo Zalmona. 42 Ka mor’a moo ba tloha Zalmona ’me ba hloma liahelo Punone. 43 Ka mor’a moo ba tloha Punone ’me ba hloma liahelo Obothe.+ 44 Joale ba tloha Obothe ’me ba hloma liahelo Iye-abarime moeling oa Moabe.+ 45 Hamorao ba tloha Iyime ’me ba hloma liahelo Dibone-gade.+ 46 Ka mor’a moo ba tloha Dibone-gade ’me ba hloma liahelo Almone-diblathaime. 47 Joale ba tloha Almone-diblathaime+ ’me ba hloma liahelo lithabeng tsa Abarime+ ka pel’a Nebo.+ 48 Qetellong ba tloha lithabeng tsa Abarime ’me ba hloma liahelo lithoteng tsa lehoatata tsa Moabe+ pel’a Jordane Jeriko. 49 Ba ’na ba hloma liahelo pel’a Jordane ho tloha Bethe-jeshimothe+ ho ea Abele-shitime+ lithoteng tsa lehoatata tsa Moabe.

50 Jehova a bua le Moshe lithoteng tsa lehoatata tsa Moabe pel’a Jordane Jeriko,+ a re: 51 “Bua le bara ba Iseraele, u re ho bona, ‘Le tšela Jordane ho ea naheng ea Kanana.+ 52 Le leleke baahi bohle ba naha ka pel’a lōna ’me le senye litšoantšo tsohle tsa bona tsa lejoe,+ ’me litšoantšo tsohle tsa bona tsa tšepe+ e qhibilihisitsoeng le lokela ho li senya, ’me le lokela ho felisa libaka tsa bona tse phahameng tse halalelang.+ 53 Le rue naha ’me le lule ho eona, hobane ka sebele ke tla le fa naha eo hore le e rue.+ 54 Le ikarolele naha eo ka lotho+ e le leruo ho ea ka malapa a lōna.+ Ea nang le baahi ba bangata le eketse lefa la hae, ’me ea fokolang ka palo le fokotse lefa la hae.+ Moo lotho e tla tsoela teng bakeng sa hae, e tla ba ha hae.+ Le lokela ho ithuela litša ka meloko ea bo-ntat’a lōna.+

55 “‘Leha ho le joalo, haeba le sa leleke baahi ba naha eo ka pel’a lōna,+ joale bao le ba sieang har’a bona ka sebele e tla ba metsu mahlong a lōna le meutloa mahlakoreng a lōna, ’me ruri ba tla le tšoenya naheng eo le tla beng le lula ho eona.+ 56 Ke tla le etsa feela kamoo ke neng ke rerile ho ba etsa kateng.’”+

34 Jehova a bua ka ho eketsehileng le Moshe, a re: 2 “Laela bara ba Iseraele, u re ho bona, ‘Le ea naheng ea Kanana.+ Ena ke naha e tla oela ho lōna ka lefa,+ naha ea Kanana ho ea ka meeli ea eona.+

3 “‘Lehlakore la lōna le ka boroa le be ho tloha lefeelleng la Zine haufi le Edomo,+ ’me moeli oa lōna o ka boroa o be ho tloha pheletsong ea Leoatle la Letsoai+ ka bochabela. 4 Moeli oa lōna o thinye ho tloha ka boroa ho moepa oa Akrabime+ ’me o tšelele Zine, ’me qetello ea oona e be ka boroa ho Kadeshe-barnea;+ ’me o namele Hazare-adare+ o be o fetele Azmone. 5 Moeli o thinye Azmone ho ea phuleng ea molapo o phoroselang ea Egepeta,+ ’me qetello ea oona e be Leoatleng.+

6 “‘Ha e le moeli+ o ka bophirimela, bakeng sa lōna e be Leoatle le Leholo hammoho le sebaka se lebōpong la leoatle. Ona e tla ba moeli oa lōna o ka bophirimela.

7 “‘Joale ona e tla ba moeli oa lōna o ka leboea: Ho tloha Leoatleng le Leholo le tšoaee Thaba ea Hore+ e le moeli oa lōna. 8 Ho tloha Thabeng ea Hore le tšoaee moeli ho fihlela moo ho kenoang teng Hamathe,+ ’me qetello ea moeli e be Zedade.+ 9 Moeli o ee Zifrone, ’me qetello ea oona e be Hazare-enane.+ Ona e tla ba moeli oa lōna o ka leboea.

10 “‘Joale le itšoaele moeli oa lōna ho tloha Hazare-enane ho ea Shefame ka bochabela. 11 Moeli o theohe ho tloha Shefame ho ea Ribla ka bochabela ho Aine, ’me moeli o theohe ’me o otle holim ’a letsoapo le ka bochabela la leoatle la Kinerethe.+ 12 Moeli o theohele Jordane, ’me qetello ea oona e be Leoatle la Letsoai.+ Ena e tla ba naha+ ea lōna ho ea ka meeli ea eona ho pota-pota ka hohle.’”

13 Kahoo Moshe a laela bara ba Iseraele, a re: “Ena ke naha eo le tla ikarolela eona ka lotho+ e le lefa, feela joalokaha Jehova a laetse hore e fuoe meloko e robong le halofo.+ 14 Etsoe moloko oa bara ba Barubene ka matlo a bo-ntat’a bona le moloko oa bara ba Bagade ka matlo a bo-ntat’a bona o se o le nkile, ’me halofo ea moloko oa Manase e se e nkile lefa la eona.+ 15 Meloko e ’meli le halofo e se e nkile lefa la eona sebakeng sa Jordane pel’a Jeriko ka nģ’a bochabela ho elella ka bochaba-tsatsi.”+

16 Jehova a bua ka ho eketsehileng le Moshe, a re: 17 “Ana ke mabitso a banna ba tla le arolela naha hore le e rue, moprista Eleazare+ le Joshua mora oa Nune.+ 18 Le tla nka morenana a le mong har’a moloko ka mong ho arola naha hore le e rue.+ 19 Ana ke mabitso a banna bao: Molokong oa Juda,+ Kalebe mora oa Jefune;+ 20 molokong oa bara ba Simeone,+ Shemuele mora oa Amihude; 21 molokong oa Benjamine,+ Elidade mora oa Kislone; 22 molokong oa bara ba Dane,+ morenana, Buki mora oa Jogli; 23 ho bara ba Josefa,+ molokong oa bara ba Manase,+ morenana, Haniele mora oa Efode; 24 molokong oa bara ba Efraime,+ morenana, Kemuele mora oa Shiftane; 25 molokong oa bara ba Zabulone,+ morenana, Elizafane mora oa Parenake; 26 molokong oa bara ba Isakare,+ morenana, Paltiele mora oa Azane; 27 molokong oa bara ba Ashere,+ morenana, Akihude mora oa Shelomi; 28 molokong oa bara ba Nefthali,+ morenana, Pedahele mora oa Amihude.” 29 Bana ke bao Jehova a ba laetseng hore ba etse bara ba Iseraele beng ba naha naheng ea Kanana.+

35 Jehova a tsoela pele ho bua le Moshe lithoteng tsa lehoatata tsa Moabe pel’a Jordane+ Jeriko, a re: 2 “Fana ka taelo ho bara ba Iseraele hore lefeng leo ba le ruileng ba fe Balevi metse+ eo ba ka lulang ho eona, ’me ba fe Balevi makhulo metseng eohle e ba pota-potileng ka hohle.+ 3 Metse eo e be moo ba tla lula teng, makhulo a eona e be a liphoofolo tsa bona tse ruuoang le thepa ea bona le libata tsohle tsa bona. 4 Makhulo a metse, ao le tla a fa Balevi, a tla tloha lerakong la motse ’me a tsoele ka ntle ka litsoe tse sekete ho pota-pota ka hohle. 5 Le lekanye litsoe tse likete tse peli ka ntle ho motse lehlakoreng le ka bochabela ’me lehlakoreng le ka boroa litsoe tse likete tse peli, lehlakoreng le ka bophirimela litsoe tse likete tse peli ’me lehlakoreng le ka leboea litsoe tse likete tse peli, motse o le bohareng. Ho bona sena e tla ba makhulo a metse ea bona.

6 “Ena ke metse eo le tla e fa Balevi: metse e tšeletseng ea setšabelo,+ eo le tla fana ka eona hore ’molai a balehele teng,+ ’me ntle ho eona le tla fana ka metse e meng e mashome a mane a metso e ’meli. 7 Metse eohle eo le tla e fa Balevi e tla ba metse e mashome a mane a metso e robeli, eona hammoho le makhulo a eona.+ 8 Metse eo le tla fana ka eona e tla tsoa leruong la bara ba Iseraele.+ Ho ba bangata le tla nka e mengata, ’me ho ba seng bakae le tla nka e seng mekae.+ E mong le e mong, ka ho lekana le lefa la hae leo a le ruileng, o tla fa Balevi e meng ea metse ea hae.”

9 Jehova a tsoela pele ho bua le Moshe, a re: 10 “Bua le bara ba Iseraele, u re ho bona, ‘Le tšela Jordane ho ea naheng ea Kanana.+ 11 Le ikhethele metse e le loketseng. E tla ba metse ea lōna ea setšabelo, ’me ’molai ea bolaeang moea e se ka morero o tla balehela teng.+ 12 Metse eo e tla ba setšabelo bakeng sa lōna ho mopheteletsi oa mali,+ hore ’molai a se ke a shoa ho fihlela a ema ka pel’a phutheho bakeng sa kahlolo.+ 13 Metse eo le tla fana ka eona, metse e tšeletseng ea setšabelo, ke eo le tla e sebelisa. 14 Le tla fana ka metse e meraro ka koano ho Jordane,+ ’me le fane ka metse e meraro naheng ea Kanana.+ E tla ba metse ea setšabelo. 15 Metse ena e tšeletseng e tla ba setšabelo bakeng sa bara ba Iseraele le bakeng sa mojaki+ le bakeng sa moahi ea sa tsoa fihla har’a bona, hore mang kapa mang ea bolaeang moea e se ka morero a balehele teng.+

16 “‘Joale haeba a mo otlile ka kofuto ea tšepe ’me a shoa, ke ’molai.+ Ruri ’molai o lokela ho bolaoa.+ 17 Haeba a mo otlile ka lejoe le lenyenyane le neng le ka mo bolaea ’me a shoa, ke ’molai. Ruri ’molai o lokela ho bolaoa. 18 Haeba a mo otlile ka kofuto e nyenyane ea lehong e neng e ka mo bolaea ’me a shoa, ke ’molai. Ruri ’molai o lokela ho bolaoa.

19 “‘Mopheteletsi+ oa mali ke eena ea tla bolaea ’molai. Ha a oelana le eena o tla mo bolaea. 20 Haeba a mo sutumelitse ka lebaka la lehloeo+ kapa a mo betsitse ha a ntse a laletse+ hore a mo bolaee, 21 kapa ka lebaka la bora a mo otlile ka letsoho hore a shoe, ruri ’molai o lokela ho bolaoa. Ke ’molai. Mopheteletsi oa mali o tla bolaea ’molai ha a oelana le eena.+

22 “‘Empa haeba a mo sutumelitse ka tšohanyetso ho se na bora kapa a mo betsitse ka ntho leha e le efe a ne a sa mo lalla,+ 23 kapa ka lejoe leha e le lefe le neng le ka mo bolaea a sa mo bone kapa a entse hore le mo oele holimo, ’me a shoa, empa a ne a se na bora ho eena ’me a sa batle ho mo ntša kotsi, 24 joale phutheho e ahlole pakeng tsa ’molai le mopheteletsi oa mali ho ea ka likahlolo tsena.+ 25 Phutheho+ e lopolle ’molai letsohong la mopheteletsi oa mali, ’me phutheho e mo khutlisetse motseng oa hae oa setšabelo oo a neng a balehetse ho oona, ’me a lule ho oona ho fihlela lefung la moprista ea phahameng ea tlotsitsoeng ka oli e halalelang.+

26 “‘Empa haeba ruri ’molai a tlōla moeli oa motse oa habo oa setšabelo oo a ka balehelang ho oona, 27 ’me mopheteletsi+ oa mali a mo fumana ka ntle ho moeli oa motse oa habo oa setšabelo, ’me mopheteletsi oa mali a bolaea ’molai, ha a na molato oa mali. 28 Etsoe o tšoanela ho lula motseng oa habo oa setšabelo ho fihlela lefung la moprista ea phahameng,+ ’me ka mor’a lefu la moprista ea phahameng ’molai a ka khutlela naheng eo a e ruileng. 29 Tsena e tla ba litaelo tse hlomamisitsoeng tsa kahlolo bakeng sa lōna melokong eohle ea lōna libakeng tsohle tsa lōna tsa bolulo.

30 “‘E mong le e mong ea bolaeang moea o lokela ho bolaoa joaloka ’molai+ ka molomo oa lipaki,+ ’me paki e le ’ngoe e ke ke ea paka khahlanong le moea hore o shoe. 31 Le se ke la nka thekollo bakeng sa moea oa ’molai ea tšoanelang ho shoa,+ etsoe ruri o lokela ho bolaoa.+ 32 Le se ke la nka thekollo ho ea balehetseng motseng oa habo oa setšabelo, hore a qale hape ho lula naheng pele ho lefu la moprista ea phahameng.

33 “‘Le se ke la silafatsa naha eo le leng ho eona; hobane mali a silafatsa naha,+ ’me bakeng sa naha ho ke ke ha e-ba le ho koaheloa ha libe mabapi le mali a tšolotsoeng holim ’a eona ntle le ka mali a ea a tšollang.+ 34 Le se ke la silafatsa naha eo le lulang ho eona, eo ke lulang har’a eona; etsoe ’na Jehova ke lula har’a bara ba Iseraele.’”+

36 Lihlooho tsa bo-ntate tsa lelapa la bara ba Gileade mora oa Makire+ mora oa Manase tsa malapa a bara ba Josefa tsa atamela ’me tsa bua ka pel’a Moshe le marenana, lihlooho tsa bo-ntat’a bara ba Iseraele, 2 tsa re: “Jehova o laetse moren ’a ka hore a fane ka naha e le lefa ka lotho+ ho bara ba Iseraele; ’me Jehova o laetse moren ’a ka hore a fane ka lefa la mor’abo rōna Zelofehade ho barali ba hae.+ 3 Haeba leha e le ofe oa bara ba meloko e meng ea bara ba Iseraele a ka ba nka hore e be basali ba hae, lefa la basali bao le lona le tla tlosoa lefeng la bo-Ntate ’me le ekeletsoe lefeng la moloko oo ba eang ho oona, hoo le tlang ho tlosoa lothong ea lefa la rōna.+ 4 Joale haeba Jubile+ e e-ba teng bakeng sa bara ba Iseraele, lefa la basali bao le lona le tla ekeletsoa lefeng la moloko oo ba eang ho oona; hoo lefa la bona le tla tlosoa lefeng la moloko oa bo-Ntate.”

5 Joale Moshe a laela bara ba Iseraele ka taelo ea Jehova, a re: “Moloko oa bara ba Josefa o bua ka nepo. 6 Lena ke lentsoe leo Jehova a le laetseng bakeng sa barali ba Zelofehade,+ a re, ‘E ka ba basali ba bao ho leng molemo mahlong a bona hore e be basali ba bona. Feela e be basali lelapeng la moloko oa bo-ntat’a bona.+ 7 Ha ho lefa la bara ba Iseraele le tla potoloha ho tloha molokong o mong ho ea ho o mong, hobane bara ba Iseraele ba lokela ho khomarela e mong le e mong lefeng la moloko oa baholo-holo ba hae. 8 Morali e mong le e mong ea ruang lefa melokong ea bara ba Iseraele, e tla ba mosali oa e mong oa lelapa la moloko oa ntat’ae,+ e le hore bara ba Iseraele ba ka fumana e mong le e mong lefa la baholo-holo ba hae. 9 Ha ho lefa le tla potoloha ho tloha molokong o mong ho ea ho o mong, hobane meloko ea bara ba Iseraele e lokela ho khomarela o mong le o mong lefa la oona.’”

10 Feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe, ke tsela eo barali ba Zelofehade ba ileng ba etsa ka eona.+ 11 Tumellanong le hoo Mahela, Tirza le Hogla le Milka le Noe, barali ba Zelofehade,+ ea e-ba basali ba bara ba barab’abo ntat’a bona. 12 Ea e-ba basali ba ba bang ba malapa a bara ba Manase mora oa Josefa, e le hore lefa la bona le ka tsoela pele le le ho moloko oa lelapa la ntat’a bona.

13 Tsena ke litaelo+ le liqeto tsa boahloli tseo Jehova a li laetseng bara ba Iseraele ka Moshe lithoteng tsa lehoatata tsa Moabe pel’a Jordane Jeriko.+

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela