Deuteronoma
1 Ana ke mantsoe ao Moshe a ileng a a bolella Baiseraele bohle sebakeng sa Jordane+ lefeelleng, lithoteng tsa mahoatata ka pel’a Sufe, pakeng tsa Parane+ le Tofele le Labane le Hazerothe+ le Dizahabe, 2 etsoe e ne e le matsatsi a leshome le motso o mong ho tloha Horebe ka tsela ea Thaba ea Seire ho ea Kadeshe-barnea.+ 3 Eitse ka selemo sa mashome a mane,+ ka khoeli ea leshome le motso o mong, ka la pele la khoeli, Moshe a bua le bara ba Iseraele ho ea ka sohle seo Jehova a neng a mo laetse sona bakeng sa bona, 4 ka mor’a hore a hlōle Sihone+ morena oa Baamore, ea neng a lula Heshbone, le Oge+ morena oa Bashane, ea neng a lula Ashtarothe,+ Edrei.+ 5 Moshe a qala ho hlalosa molao+ ona sebakeng sa Jordane naheng ea Moabe, a re:
6 “Jehova Molimo oa rōna o buile le rōna Horebe,+ a re, ‘Le lutse nako e telele ka ho lekaneng sebakeng sena se lithaba.+ 7 Retelehang ’me le tlohe le ee sebakeng se lithaba sa Baamore+ le ho baahelani bohle ba bona ba leng Araba,+ sebakeng se lithaba+ le Shefela le Negebe+ le lebōpong la leoatle,+ naha ea Bakanana,+ le Lebanone,+ ho fihlela nōkeng e khōlō, nōka ea Eufrate.+ 8 Bonang, ke beha naha eo ka pel’a lōna. Kenang ’me le rue naha eo Jehova a hlapanyelitseng bo-ntat’a lōna ka eona, Abrahama, Isaka+ le Jakobo,+ hore o tla e fa bona le peō ea bona ka mor’a bona.’+
9 “Ka re ho lōna ka nako eo, ‘Ha ke khone ho le jara ke le mong.+ 10 Jehova Molimo oa lōna o le atisitse, ’me bonang! kajeno le joaloka linaleli tsa maholimo ka bongata.+ 11 E se eka Jehova Molimo oa baholo-holo ba lōna a ka le atisa+ ka makhetlo a sekete ho feta kamoo palo ea lōna e leng kateng, ’me e se eka a ka le hlohonolofatsa+ feela joalokaha a le tšepisitse.+ 12 Nka jara joang moroalo oa lōna le mojaro oa lōna le ho qabana ha lōna ke le mong?+ 13 Fumanang banna ba bohlale le ba masene+ le ba nang le phihlelo+ melokong ea lōna, hore ke ba behe hore e be lihlooho tsa lōna.’+ 14 Eaba lea nkaraba le re, ‘Ntho eo u re boleletseng hore re e etse e molemo.’ 15 Kahoo ka nka lihlooho melokong ea lōna, banna ba bohlale le ba nang le phihlelo, ’me ka ba beha hore e be lihlooho tsa lōna, balaoli ba ba likete le balaoli ba ba makholo le balaoli ba ba mashome a mahlano le balaoli ba ba mashome le balaoli ba meloko ea lōna.+
16 “Ka tsoela pele ho laela baahloli ba lōna ka nako eo, ka re, ‘Ha le mamela taba pakeng tsa barab’abo lōna, le ahlole ka ho loka+ pakeng tsa motho le mor’abo kapa mojaki oa habo.+ 17 Le se ke la ba leeme kahlolong.+ Le lokela ho utloa e monyenyane le e moholo ka ho tšoana.+ Le se ke la tšosoa ke motho,+ etsoe kahlolo ke ea Molimo;+ nyeoe e boima haholo bakeng sa lōna, le lokela ho e hlahisa ho ’na, ’me ke tla e mamela.’+ 18 Ka nako eo ka le laela lintho tsohle tseo le lokelang ho li etsa.
19 “Joale ra tloha Horebe ’me ra tsamaea ho pholletsa le lefeella leo lohle le leholo le tšosang,+ leo le le boneng, ka tsela ea sebaka se lithaba sa Baamore,+ feela joalokaha Jehova Molimo oa rōna a ne a re laetse; ’me qetellong ra fihla Kadeshe-barnea.+ 20 Joale ka re ho lōna, ‘Le fihlile sebakeng se lithaba sa Baamore, seo Jehova Molimo oa rōna a re fang sona.+ 21 Bonang, Jehova Molimo oa lōna o le tloheletse naha ena.+ Nyolohang, le e hape, feela joalokaha Jehova Molimo oa baholo-holo ba lōna a buile le lōna.+ Le se ke la tšoha, kapa la haroha matsoalo.’+
22 “Leha ho le joalo, kaofela ha lōna le ile la atamela ho ’na ’me la re, ‘E-re re romele banna ba re etelle pele hore ba re hlahlobele naha ’me ba re khutlisetse lentsoe mabapi le tsela eo re tla nyoloha ka eona le metse eo re tla fihla ho eona.’+ 23 Ntho ena ea e-ba molemo mahlong a ka, hoo ke ileng ka nka banna ba lōna ba leshome le metso e ’meli, a le mong molokong o mong le o mong.+ 24 Joale ba reteleha ’me ba nyolohela sebakeng se lithaba+ ’me ba tsamaea ho ea fihla phuleng ea molapo o phoroselang ea Eshkole+ ’me ba qala ho e hloela. 25 Ba nka tse ling tsa litholoana tsa naha+ eo matsohong a bona le ho li theolela ho rōna, ’me ba re khutlisetsa karabo ba re, ‘Naha eo Jehova Molimo oa rōna a re fang eona e ntle.’+ 26 Empa ha lea ka la lakatsa ho nyoloha,+ eaba le qala ho fetohela taelo ea Jehova Molimo oa lōna.+ 27 La ’na la honotha litenteng tsa lōna la re, ‘Ke kahobane Jehova a ne a re hloile+ hore ebe o re ntšitse naheng ea Egepeta+ ho nehelana ka rōna matsohong a Baamore, hore ba re felise.+ 28 Re nyolohela hokae? Barab’abo rōna ba re nyahamisitse lipelo,+ ba re: “Moo re bone batho ba baholo le ba balelele ho re feta,+ metse e meholo le e etselitsoeng liqhobosheane tse fihlang maholimong+ ’me re bone bara ba Baanake.”’+
29 “Kahoo ka re ho lōna, ‘Le se ke la haroha matsoalo kapa la tšosoa ke bona.+ 30 Jehova Molimo oa lōna ke eena ea tsamaeang ka pel’a lōna. O tla le loanela+ ho ea ka sohle seo a se entseng ka lōna Egepeta mahlong a lōna,+ 31 le lefeelleng,+ moo le boneng kamoo Jehova Molimo oa lōna a le nkileng+ kateng feela joalokaha motho a nka mora oa hae, tseleng eohle eo le tsamaileng ka eona ho fihlela le fihla sebakeng sena.’+ 32 Empa ho sa tsotellehe lentsoe lena le ne le sa behe tumelo ho Jehova Molimo oa lōna,+ 33 ea neng a tsamaea ka pel’a lōna tseleng ea ho ea hloela sebaka seo le ka hlomang liahelo ho sona,+ ka mollo bosiu hore le bone tsela eo le tla tsamaea ka eona le ka leru motšehare.+
34 “Ka nako ena eohle Jehova a utloa mantsoe a lōna. Kahoo a halefa ’me a hlapanya,+ a re, 35 ‘Ha ho le ea mong har’a moloko ona o mobe ea tla bona naha e ntle eo ke hlapantseng hore ke tla e fa bo-ntat’a lōna,+ 36 haese Kalebe mora oa Jefune.+ O tla e bona, ’me eena le bara ba hae ke tla ba fa naha eo a hatileng ho eona, ka lebaka la hore o latetse Jehova ka ho feletseng.+ 37 (Esita le ’na Jehova o ile a ntukela ka bohale ka lebaka la lōna, a re, ‘Le uena u ke ke ua kena teng.+ 38 Joshua mora oa Nune, ea emeng ka pel’a hao, ke eena ea tla kena teng.’+ O mo entse hore a be matla,+ hobane o tla etsa hore Iseraele e e rue.) 39 Ha e le bana ba lōna ba banyenyane bao ka bona le itseng: “Ba tla fetoha se tlatlapuoeng!”+ le bara ba lōna bao kajeno ba sa tsebeng se setle kapa se sebe, bona ba tla kena teng, ’me ke tla ba fa eona, ’me ba tla e rua. 40 Ha e le lōna, nkang tsela e ’ngoe ’me le tlohe lefeelleng ka tsela ea Leoatle le Lefubelu.’+
41 “Eaba lea araba ’me le re ho ’na, ‘Re sitetsoe Jehova.+ Rōna—re tla nyoloha ’me re loane ho ea ka sohle seo Jehova Molimo oa rōna a re laetseng sona!’ Kahoo la hlomela, e mong le e mong, ka libetsa tsa hae tsa ntoa ’me la nka hore ho bonolo ho nyolohela thabeng.+ 42 Empa Jehova a re ho ’na, ‘E-re ho bona: “Le se ke la nyoloha ’me la loana, hobane ha ke eo har’a lōna;+ e le hore le se ke la hlōloa ka pel’a lira tsa lōna.”’+ 43 Kahoo ka bua le lōna, ’me ha lea ka la mamela empa la qala ho fetohela+ taelo ea Jehova eaba lea halefa, ’me le leka ho nyolohela thabeng.+ 44 Joale Baamore ba neng ba lula thabeng eo ba le khahlanyetsa ’me ba le lelekisa,+ feela joalokaha linotši li etsa, ’me ba le hasanya Seire ho ea fihla Horma.+ 45 Ka mor’a moo la khutla ’me la qala ho lla ka pel’a Jehova, empa Jehova ha aa ka a mamela mantsoe a lōna,+ kapa a le utloa.+ 46 Kahoo la ’na la lula Kadeshe ka matsatsi a mangata, ka matsatsi a mangata ao le a lutseng teng.+
2 “Joale ra reteleha ’me ra tsamaea ho ea lefeelleng ka tsela ea Leoatle le Lefubelu, feela joalokaha Jehova a ne a buile le ’na;+ ’me ra nka matsatsi a mangata re potoloha Thaba ea Seire. 2 Qetellong Jehova a re ho ’na, 3 ‘Le potolohile thaba ena halelele ka ho lekaneng.+ Nkang tsela e ’ngoe ho ea leboea. 4 U laele sechaba, u re: “Le feta pel’a moeli oa barab’abo lōna,+ bara ba Esau,+ ba lulang Seire;+ ba tla tšosoa ke lōna,+ ’me le be hlokolosi haholo. 5 Le se ke la qabana le bona, hobane nke ke ka le fa naha ea bona leha e le e lekanang le bophara ba bohato ba leoto; hobane ke file Esau Thaba ea Seire e le lefa.+ 6 Le tla ja lijo leha e le life tseo le tla li reka ho bona ka chelete; hape le tla noa metsi leha e le afe ao le tla a reka ho bona ka chelete.+ 7 Etsoe Jehova Molimo oa lōna o le hlohonolofalitse mosebetsing o mong le o mong oa matsoho a lōna.+ O tseba hantle ho tsamaea ha lōna ho pholletsa le lefeella lena le leholo. Jehova Molimo oa lōna o ’nile a ba le lōna ka lilemo tsena tse mashome a mane.+ Ha lea haelloa ke letho.”’+ 8 Kahoo ra fetela pele ra tloha ho barab’abo rōna, bara ba Esau,+ ba lulang Seire, ka tsela ea Araba,+ ra tloha Elathe ’me ra tloha Ezione-gebere.+
“Ka mor’a moo ra reteleha ’me ra fetela pele ka tsela ea lefeella la Moabe.+ 9 Joale Jehova a re ho ’na, ‘U se ke ua tšoenya Bamoabe kapa oa loana le bona, hobane nke ke ka u fa naha leha e le efe ea bona e le lefa, etsoe ke file bara ba Lota+ Are+ e le lefa. 10 (Baemime+ ba ne ba lula ho eona linakong tsa pele, sechaba se seholo le se sengata le se selelele joaloka Baanake.+ 11 Ha e le Barefaime,+ le bona ba ne ba nkoa joaloka Baanake,+ ’me Bamoabe ba ne ba ba bitsa Baemime. 12 Bahore+ ba ne ba lula Seire linakong tsa pele, eaba bara ba Esau+ baa ba leleka ’me ba ba felisa ka pel’a bona ’me ba lula sebakeng sa bona,+ ho tšoana le kamoo Baiseraele ba tla etsa kateng ho naha eo e leng lefa la bona, eo ka sebele Jehova a tla ba fa eona.) 13 Lekhetlong lena emang, ’me le tšelele phuleng ea molapo o phoroselang ea Zerede.’ Tumellanong le hoo ra tšela phula ea molapo o phoroselang ea Zerede.+ 14 Matsatsi ao re a tsamaileng ho tloha Kadeshe-barnea ho fihlela re tšela phula ea molapo o phoroselang ea Zerede e bile lilemo tse mashome a mararo a metso e robeli, ho fihlela moloko oohle oa banna ba ntoa o fela har’a liahelo, feela joalokaha Jehova a ne a ba hlapanyelitse.+ 15 Letsoho+ la Jehova la boela la e-ba holim ’a bona ho ba hlokisa botsitso har’a liahelo, ho fihlela ba fela.+
16 “Eitse ha banna bohle ba ntoa ba shoele har’a sechaba,+ 17 Jehova a bua ka ho eketsehileng le ’na, a re, 18 ‘Kajeno u feta sebakeng sa Moabe, ke hore, Are,+ 19 ’me u atamele ka pel’a bara ba Ammone. U se ke ua ba tšoenya kapa ua qabana le bona, hobane nke ke ka u fa naha leha e le efe ea bara ba Ammone e le lefa, etsoe ke e file bara ba Lota e le lefa.+ 20 E ne e boetse e nkoa e le naha ea Barefaime.+ (Barefaime ba ne ba lula ho eona linakong tsa pele, ’me Baamone ba ne ba ba bitsa Bazamzumime. 21 E ne e le sechaba se seholo le se sengata le se selelele joaloka Baanake;+ ’me Jehova a qala ho ba felisa+ ka pel’a bona, hore ba ba leleke ’me ba lule sebakeng sa bona; 22 ho tšoana le kamoo a entseng kateng bakeng sa bara ba Esau, ba lulang Seire,+ ha a felisa Bahore+ ka pel’a bona, hore ba ba leleke ’me ba lule sebakeng sa bona ho fihlela letsatsing lena. 23 Ha e le Baavime,+ ba neng ba lula metsaneng ho ea fihla Gaza,+ Bakaftorime,+ ba tsoang Kaftore,+ ba ba felisa, hore ba lule sebakeng sa bona.)
24 “‘Emang, le tsamaee ’me le tšele phula ea molapo o phoroselang ea Arnone.+ Bonang, ke nehelane ka Sihone+ Moamore morena oa Heshbone, matsohong a lōna. Kahoo qalang ho hapa naha ea hae, ’me le mo loantše. 25 Letsatsing lena ke tla qala ho etsa hore lichaba tse tlas’a maholimo ’ohle, tse tlang ho utloa tlaleho e mabapi le lōna li le tšabe ’me li le tšohe; ’me ka sebele li tla ferekana ’me li be le mahlaba a kang a pelehi ka lebaka la lōna.’+
26 “Joale ka romela manģosa a tsoang lefeelleng la Kedemothe+ ho Sihone+ morena oa Heshbone ka mantsoe a khotso,+ ka re, 27 ‘Ntumelle hore ke fete naheng ea hao. Ke tla tsamaea tseleng feela. Nke ke ka khelohela ka ho le letona kapa ka ho le letšehali.+ 28 Ke tla ja lijo leha e le life tseo u tla nthekisetsa tsona ka chelete; ’me ke tla noa metsi leha e le afe ao u tla nthekisetsa ’ona ka chelete. U mpe u ntumelle hore ke fete ke tsamaea ka maoto,+ 29 ho tšoana le kamoo bara ba Esau ba lulang Seire+ le Bamoabe+ ba lulang Are ba nkentseng kateng, ho fihlela ke tšela Jordane ho ea naheng eo Jehova Molimo oa rōna a re fang eona.’+ 30 Sihone morena oa Heshbone ha aa ka a re lumella hore re fete ho eena, hobane Jehova Molimo oa lōna o ne a tloheletse moea oa hae hore o be manganga+ le pelo ea hae hore e thatafale, e le hore a nehelane ka eena matsohong a lōna feela joaloka letsatsing lena.+
31 “Jehova a re ho ’na, ‘Bona, ke qalile ho u tlohellela Sihone le naha ea hae. Qala ho hapa naha ea hae.’+ 32 Ha Sihone a tsoa, eena le sechaba sohle sa hae, ho re khahlanyetsa ka ntoa Jahaze,+ 33 joale Jehova Molimo oa rōna a mo tlohellela rōna,+ hoo re ileng ra mo hlōla+ le bara ba hae le sechaba sohle sa hae. 34 Ra hapa metse eohle ea hae ka nako eo ’me ra nehela motse o mong le o mong timetso,+ banna le basali le bana ba banyenyane. Ha rea ka ra siea mophonyohi. 35 Ra inkela feela liphoofolo tse ruuoang e le thepa e tlatlapuoeng, hammoho le thepa e hapuoeng metseng eo re e hapileng.+ 36 Ho tloha Aroere,+ e pel’a lebōpo la phula ea molapo o phoroselang ea Arnone, le motse o phuleng ea molapo o phoroselang, ho ea fihla Gileade, ho ne ho se na motse o neng o phahame haholo bakeng sa rōna.+ Jehova Molimo oa rōna o ile a re tlohellela eona kaofela. 37 Ke haufi le naha ea bara ba Ammone+ feela moo le sa kang la atamela, lebōpong lohle la phula ea molapo o phoroselang ea Jaboke,+ leha e le metseng ea sebaka se lithaba, kapa nthong leha e le efe eo Jehova Molimo oa rōna a neng a fane ka taelo mabapi le eona.
3 “Joale ra reteleha ’me ra nyoloha ka tsela ea Bashane. Eaba Oge+ morena oa Bashane oa tsoa, eena le sechaba sohle sa hae, ho re khahlanyetsa ka ntoa Edrei.+ 2 Kahoo Jehova a re ho ’na, ‘U se ke ua mo tšaba,+ etsoe ka sebele ke tla nehelana ka eena le sechaba sohle sa hae le naha ea hae letsohong la hao; ’me u mo etse feela joalokaha u entse Sihone+ morena oa Baamore, ea neng a lula Heshbone.’ 3 Tumellanong le hoo Jehova Molimo oa rōna a nehelana ka Oge morena oa Bashane le sechaba sohle sa hae matsohong a rōna, ’me ra ’na ra mo loantša ho fihlela ho se mophonyohi ea setseng.+ 4 Ra qala ho hapa metse eohle ea hae ka nako eo. Ha ho motse oo re sa kang ra o nka ho bona, metse e mashome a tšeletseng,+ sebaka sohle sa Argobe,+ ’muso oa Oge e Bashane.+ 5 Ena kaofela e ne e le metse e etselitsoeng liqhobosheane ka lerako le phahameng, mamati le mokoallo, ho phaella metseng e mengata haholo e ka mathōko. 6 Leha ho le joalo, ra e nehela timetso,+ feela joalokaha re ne re entse ho Sihone morena oa Heshbone, ka ho nehela motse o mong le o mong timetso, banna, basali le bana ba banyenyane.+ 7 Liphoofolo tsohle tse ruuoang le thepa e hapuoeng metseng ra inkela tsona e le thepa e tlatlapuoeng.+
8 “Ka nako eo ra nka naha matsohong a marena a mabeli a Baamore+ a neng a le sebakeng sa Jordane, ho tloha phuleng ea molapo o phoroselang ea Arnone+ ho ea fihla Thabeng ea Hermone;+ 9 (Masidone a ne a bitsa Hermone Sirione,+ ’me Baamore ba ne ba e bitsa Senire,)+ 10 metse eohle ea sehlaba le Gileade eohle le Bashane eohle ho ea fihla Salka+ le Edrei,+ metse ea ’muso oa Oge e Bashane. 11 Etsoe ke Oge feela morena oa Bashane ea ileng a sala ho ba setseng ho Barefaime.+ Bonang! Mojaro oa hae oa bafu ke mojaro oa bafu oa tšepe. Na ha o Raba+ ea bara ba Ammone? Bolelele ba oona ke litsoe tse robong, ’me bophara ba oona ke litsoe tse ’nè, ho ea ka setsoe sa motho. 12 Ra hapa naha ena ka nako eo; ho tloha Aroere,+ e pel’a phula ea molapo o phoroselang ea Arnone, le halofo ea sebaka se lithaba sa Gileade, ’me metse ea eona ke e file Barubene le Bagade.+ 13 Karolo e ’ngoe kaofela ea Gileade+ le Bashane+ eohle ea ’muso oa Oge ke e file halofo ea moloko oa Manase. Sebaka sohle sa Argobe+ sa Bashane eohle, na ha se bitsoe naha ea Barefaime?+
14 “Jaire+ mora oa Manase a nka sebaka sohle sa Argobe+ ho ea fihla moeling oa Bageshure+ le Bamakathe,+ ’me a rehella metsana eo ea Bashane ka lebitso la hae, Havothe-jaire,+ ho fihlela letsatsing lena. 15 Makire+ ke mo file Gileade.+ 16 Barubene+ le Bagade ke ba file ho tloha Gileade+ ho ea phuleng ea molapo o phoroselang ea Arnone, moeli ke bohare ba phula ea molapo o phoroselang, le ho ea fihla Jaboke, phula ea molapo o phoroselang eo e leng moeli oa bara ba Ammone;+ 17 le Araba le Jordane le moeli, ho tloha Kinerethe+ ho ea leoatleng la Araba, Leoatle la Letsoai,+ botlaaseng ba matsoapo a Pisga+ ka nģ’a bochaba-tsatsi.
18 “Kahoo ka nako eo ka le laela, ka re, ‘Jehova Molimo oa lōna o le file naha ena hore le e rue. Le tla feta, le hlometse, ka pel’a barab’abo lōna, bara ba Iseraele, banna bohle ba sebete.+ 19 Ke feela basali ba lōna le bana ba lōna ba banyenyane le liphoofolo tsa lōna tse ruiloeng (ke tseba hantle hore le na le liphoofolo tse ngata tse ruiloeng) ba tlang ho tsoela pele ba lula metseng eo ke le fileng eona,+ 20 ho fihlela Jehova a fa barab’abo lōna phomolo, joaloka lōna, ’me le bona ba ruile naha eo Jehova Molimo oa lōna a ba fang eona ka mose ho Jordane; ka mor’a moo le tla khutlela, e mong le e mong lefeng la hae leo ke le fileng lona.’+
21 “Ka nako eo ka laela Joshua,+ ka re, ‘Mahlo a hao a bona sohle seo Jehova Molimo oa lōna a se entseng ho marena ana a mabeli. Jehova o tla etsa ka tsela e tšoanang ho mebuso eohle eo le fetelang ho eona.+ 22 Le se ke la a tšaba, etsoe Jehova Molimo oa lōna ke Eena ea le loanelang.’+
23 “Ka kōpa mohau ho Jehova ka nako eo, ka re, 24 ‘’Musi Morena Jehova, u qalile ho etsa hore mohlanka oa hao a bone boholo+ ba hao le letsoho la hao le matla,+ etsoe ke mang eo e leng molimo maholimong kapa lefatšeng ea etsang liketso tse tšoanang le tsa hao le liketso tse matla joaloka tsa hao?+ 25 Ka kōpo, ntumelle hore ke tšele ’me ke bone naha e ntle+ e ka mose ho Jordane, sebaka sena se setle se lithaba+ le Lebanone.’+ 26 Jehova a tsoela pele ho nkhalefela ka lebaka la lōna+ ’me ha aa ka a ’mamela; empa Jehova a re ho ’na, ‘Ho lekane ka uena! U se ke ua hlola u bua le ’na hape ka taba ena. 27 Nyolohela tlhōrōng ea Pisga+ ’me u phahamisetse mahlo nģ’a bophirimela le leboea le boroa le bochabela ’me u bone ka mahlo, etsoe u ke ke ua tšela Jordane ena.+ 28 U laele+ Joshua u mo khothatse ’me u mo matlafatse, hobane ke eena ea tla tšela+ ka pel’a sechaba sena ’me ke eena ea tla etsa hore se rue naha eo u tla e bona.’+ 29 Sena sohle se etsahetse ha re ne re lula phuleng e ka pel’a Bethe-peore.+
4 “Joale, Uena Iseraele, mamela melao ea tsamaiso le liqeto tsa boahloli tseo ke le rutang tsona hore le li etse, e le hore le tle le phele+ ’me ruri le kene le rue naha eo Jehova Molimo oa baholo-holo ba lōna a le fang eona. 2 Le se ke la eketsa lentsoe leo ke le laelang lona, kapa la le fokotsa,+ e le hore le boloke litaelo tsa Jehova Molimo oa lōna tseo ke le laelang tsona.
3 “Mahlo a lōna a bone seo Jehova a se entseng tabeng ea Baale oa Peore,+ hore motho e mong le e mong ea neng a latela Baale oa Peore ke eena eo Jehova Molimo oa lōna a ileng a mo felisa har’a lōna.+ 4 Empa lōna ba khomarelang+ Jehova Molimo oa lōna lea phela kaofela kajeno. 5 Bonang, ke le rutile melao ea tsamaiso+ le liqeto tsa boahloli,+ feela joalokaha Jehova Molimo oa ka a ntaetse, hore le etse ka tsela eo naheng eo le eang ho e rua. 6 Le li boloke ’me le li phethe, hobane sena ke bohlale+ ho lōna le kutloisiso+ ho lōna ka pel’a mahlo a lichaba tse tla utloa melao ena eohle ea tsamaiso, ’me ka sebele li tla re, ‘Sechaba sena se seholo ntle ho pelaelo ke batho ba bohlale le ba utloisisang.’+ 7 Etsoe ke sechaba+ sefe se seholo seo melimo ea sona e leng haufi le sona ka tsela eo Jehova Molimo oa rōna a leng ka eona ho ipiletseng hohle ha rōna ho eena?+ 8 Ke sechaba sefe se seholo se nang le melao ea tsamaiso e lokileng le liqeto tsa boahloli tse kang melao ee eohle eo ke e behang ka pel’a lōna kajeno?+
9 “Le mpe le itebele ’me le hlokomele meea+ ea lōna haholo, e le hore le se ke la lebala lintho tseo mahlo a lōna a li boneng+ le hore li se ke tsa tloha lipelong tsa lōna ka matsatsi ’ohle a bophelo ba lōna;+ ’me le li tsebise bara ba lōna le litloholo tsa lōna,+ 10 letsatsing leo ka lona le ileng la ema ka pel’a Jehova Molimo oa lōna Horebe,+ ha Jehova a re ho ’na, ‘Mpokellele sechaba hore ke etse hore se utloe mantsoe a ka,+ e le hore se ithute ho ntšaba+ ka matsatsi ’ohle ao se phelang ka ’ona lefatšeng le hore se rute bara ba sona.’+
11 “Kahoo la atamela ’me la ema botlaaseng ba thaba, ’me thaba e ne e tuka mollo o fihlang sebakeng; ho ne ho le lefifi, ho e-na le maru le botšo bo boholo.+ 12 Jehova a qala ho bua le lōna a le har’a mollo.+ Le ne le utloa molumo oa mantsoe, empa le ne le sa bone sebōpeho+—ho se letho haese lentsoe.+ 13 A le bolella selekane sa hae,+ seo a le laetseng hore le se phethe—Mantsoe a Leshome,+ ka mor’a moo a a ngola matlapeng a mabeli a lejoe.+ 14 Ke ’na eo Jehova a ileng a mo laela ka nako eo hore a le rute melao ea tsamaiso le liqeto tsa boahloli, e le hore le li phethe naheng eo le fetelang ho eona ho ea e rua.+
15 “Le hlokomele meea+ ea lōna haholo, hobane ha lea ka la bona sebōpeho+ leha e le sefe letsatsing leo ka lona Jehova a neng a bua le lōna Horebe har’a mollo, 16 e le hore le se ke la etsa ka mokhoa o senyang+ ’me ruri la iketsetsa setšoantšo se betliloeng, sebōpeho se tšoantšetsang ntho leha e le efe, setšoantšo sa e motona kapa e motšehali,+ 17 setšoantšo sa phoofolo leha e le efe e lefatšeng,+ setšoantšo sa nonyana leha e le efe e nang le mapheo e fofang maholimong,+ 18 setšoantšo sa ntho leha e le efe e tsamaeang mobung, setšoantšo sa tlhapi+ leha e le efe e metsing ka tlas’a lefatše; 19 le hore le se ke la phahamisetsa mahlo a lōna maholimong ’me ruri la bona letsatsi le khoeli le linaleli, makhotla ’ohle a maholimo, ao Jehova Molimo oa lōna a a abetseng lichaba tsohle tse tlas’a maholimo ’ohle,+ ’me la ekeha ’me la a inamela la a sebeletsa.+ 20 Empa ke lōna bao Jehova a ba nkileng hore a le ntše sebōping sa tšepe,+ Egepeta, hore le be sechaba sa hae+ joaloka letsatsing lena.
21 “Jehova a ntukela ka bohale ka lebaka la lōna,+ hoo a ileng a hlapanya hore nke ke ka tšela Jordane kapa ho ea naheng e ntle eo Jehova Molimo oa lōna a le fang eona e le lefa.+ 22 Etsoe ke tla shoela naheng ena.+ Nke ke ka tšela Jordane, empa lōna le tla tšela, ’me le tla rua naha ena e ntle. 23 Itebeleng hore le se ke la lebala selekane sa Jehova Molimo oa lōna seo a se hlabileng le lōna+ le hore le se ke la iketsetsa setšoantšo se betliloeng, sebōpeho sa ntho leha e le efe eo Jehova Molimo oa lōna a le laetseng malebana le eona.+ 24 Etsoe Jehova Molimo oa lōna ke mollo o timetsang,+ Molimo ea batlang boinehelo bo khethehileng.+
25 “Haeba le tsoala bara le litloholo ’me le lutse nako e telele naheng ’me le etsa ka mokhoa o senyang+ ’me le etsa setšoantšo se betliloeng,+ sebōpeho sa ntho leha e le efe, ’me le etsa bobe mahlong a Jehova Molimo oa lōna+ hoo le mo siteloang, 26 kajeno ke nka maholimo le lefatše+ e le lipaki khahlanong le lōna, hore ruri le tla timela ka potlako naheng eo le tšelang Jordane ho ea e rua. Le ke ke la lelefatsa matsatsi a lōna ho eona, hobane ruri le tla felisoa.+ 27 Ka sebele Jehova o tla le hasanya har’a lichaba,+ ’me ruri ho tla sala ba fokolang+ ka palo ho lōna lichabeng tseo Jehova a tla le lelekela ho tsona. 28 Moo le tla lokela ho sebeletsa melimo,+ e entsoeng ka matsoho a motho, lehong le lejoe,+ e ke keng ea bona kapa ea utloa kapa ea ja kapa ea fofonela.+
29 “Haeba le fela le batla Jehova Molimo oa lōna le le moo, ka sebele le tla boela le mo fumane,+ hobane le tla botsisisa ka eena ka lipelo tsohle tsa lōna le ka meea+ eohle ea lōna. 30 Ha le le mahlomoleng ’me mantsoe ana ’ohle a le fumana qetellong ea matsatsi, joale le tla lokela ho khutlela ho Jehova Molimo oa lōna+ le ho mamela lentsoe la hae.+ 31 Etsoe Jehova Molimo oa lōna ke Molimo ea mohau.+ A ke ke a le lahla kapa a le felisa kapa a lebala selekane+ sa baholo-holo ba lōna seo a ba hlapanyelitseng sona.
32 “Ka kōpo, joale botsang ka matsatsi a pele+ a bileng teng pele ho lōna, ho tloha letsatsing la ha Molimo a bōpa motho lefatšeng+ le ho tloha pheletsong e ’ngoe ea maholimo ho fihlela pheletsong e ’ngoe ea maholimo, Na ho na le ntho leha e le efe e khōlō e kileng ea hlaha e joaloka ee kapa na ho kile ha utluoa ntho leha e le efe e kang eona?+ 33 Na ho na le sechaba se seng se utloileng lentsoe la Molimo le bua har’a mollo ka tsela eo le le utloileng ka eona, ’me sa ’na sa phela?+ 34 Kapa na Molimo o ile a leka ho tla inkela sechaba har’a sechaba se seng ka bopaki,+ ka lipontšo+ le ka mehlolo+ le ka ntoa+ le ka letsoho le matla+ le ka letsoho le otlolohileng+ le ka ho tšabeha ho hoholo+ joaloka sohle seo Jehova Molimo oa lōna a le etselitseng sona Egepeta ka pel’a mahlo a lōna? 35 Lōna—le bontšitsoe, e le hore le tsebe hore Jehova ke Molimo oa ’nete;+ ha ho e mong ntle ho eena.+ 36 O entse hore le utloe lentsoe la hae a le maholimong e le hore a le khalemele; ’me lefatšeng o entse hore le bone mollo oa hae o moholo, ’me le utloile mantsoe a hae har’a mollo.+
37 “[Leha ho le joalo le tsoela pele ho phela], hobane o ratile baholo-holo ba lōna hoo a khethileng peō ea bona ka mor’a bona+ ’me a le ntša Egepeta ponong ea hae ka matla a hae a maholo,+ 38 ho leleka lichaba tse khōlō le tse matla ho le feta ka pel’a lōna, e le hore a le tlise, ho le fa naha ea tsona e le lefa joaloka letsatsing lena.+ 39 Le tseba hantle kajeno, ’me le hopole lipelong tsa lōna hore Jehova ke Molimo oa ’nete maholimong a holimo le lefatšeng tlaase.+ Ha ho e mong.+ 40 Le boloke melao ea hae ea tsamaiso+ le litaelo tsa hae tseo ke le laelang tsona kajeno, e le hore lintho li le tsamaele hantle+ le bara ba lōna ka mor’a lōna, e le hore le ka lelefatsa matsatsi a lōna naheng eo Jehova Molimo oa lōna a le fang eona,+ kamehla.”
41 Ka nako eo Moshe a behella ka thōko metse e meraro ka lehlakoreng la Jordane ka nģ’a bochaba-tsatsi,+ 42 hore ’molai ea bolaeang oa habo a sa tsebe+ a balehele teng, ha a ne a sa mo hloea pele;+ a balehele ho e meng ea metse ena ’me a phele,+ 43 e leng, Bezere+ lefeelleng la sehlaba bakeng sa Barubene, le Ramothe+ e Gileade bakeng sa Bagade, le Golane+ e Bashane bakeng sa Bamanase.+
44 Joale ona ke molao+ oo Moshe a ileng a o beha ka pel’a bara ba Iseraele. 45 Bona ke bopaki+ le melao ea tsamaiso+ le liqeto tsa boahloli+ tseo Moshe a ileng a li bolella bara ba Iseraele ha ba tsoa Egepeta, 46 sebakeng sa Jordane phuleng e ka pel’a Bethe-peore,+ naheng ea Sihone morena oa Baamore, ea neng a lula Heshbone,+ eo Moshe le bara ba Iseraele ba ileng ba mo hlōla ha ba tsoa Egepeta.+ 47 Ba qala ho rua naha ea hae le naha ea Oge+ morena oa Bashane, marena a mabeli a Baamore a neng a le sebakeng sa Jordane ka nģ’a bochaba-tsatsi, 48 ho tloha Aroere,+ e lebōpong la phula ea molapo o phoroselang ea Arnone, ho ea fihla Thabeng ea Sione, ke ho re, Hermone,+ 49 le Araba+ eohle sebakeng sa Jordane ka nģ’a bochabela, le ho ea fihla leoatleng la Araba+ botlaaseng ba matsoapo a Pisga.+
5 Moshe a bitsa Baiseraele+ bohle a re ho bona: “Lōna Baiseraele, utloang melao ea tsamaiso le liqeto tsa boahloli+ tseo ke li buang kajeno moo le ntseng le utloa, le ithute tsona ’me le ele hloko ho li phetha.+ 2 Jehova Molimo oa rōna o hlabile selekane le rōna Horebe.+ 3 Jehova ha aa hlaba selekane sena le baholo-holo ba rōna, empa le rōna, kaofela ha rōna ba phelang kajeno. 4 Jehova o buile le lōna lifahleho li talimane thabeng a le har’a mollo.+ 5 Ke ne ke eme pakeng tsa Jehova le lōna ka nako+ eo ho le bolella lentsoe la Jehova, (etsoe le ne le tšaba ka lebaka la mollo ’me ha lea ka la nyolohela thabeng,)+ le reng,
6 “‘Ke ’na Jehova Molimo oa hao,+ ea u ntšitseng naheng ea Egepeta, ka tlung ea makhoba.+ 7 Le ka mohla u se ke ua ba le melimo e meng khahlanong le sefahleho sa ka.+
8 “‘U se ke ua iketsetsa setšoantšo se betliloeng,+ sebōpeho+ leha e le sefe se kang ntho leha e le efe e holimo maholimong kapa e tlaase lefatšeng kapa e metsing ka tlas’a lefatše. 9 U se ke ua li inamela kapa ua khanneloa hore u li sebeletse,+ hobane ’na Jehova Molimo oa hao ke Molimo ea batlang boinehelo bo khethehileng,+ ea tlisang kotlo bakeng sa liphoso tsa bo-ntate ho bara le ho moloko oa boraro le ho moloko oa bone, ho ba ntlhoeang;+ 10 empa a bontša mosa o lerato molokong oa sekete ho ba nthatang ’me ba boloka litaelo tsa ka.+
11 “‘U se ke ua sebelisa lebitso la Jehova Molimo oa hao ka tsela eo e seng ea bohlokoa,+ etsoe Jehova a ke ke a tlohela mang kapa mang ea sebelisang lebitso la hae ka tsela eo e seng ea bohlokoa a sa fuoe kotlo.+
12 “‘Boloka letsatsi la sabatha ho le nka le halalela, feela joalokaha Jehova Molimo oa hao a u laetse,+ 13 u tla etsa tšebeletso ’me u etse mosebetsi oohle oa hao ka matsatsi a tšeletseng.+ 14 Empa letsatsi la bosupa ke sabatha ea Jehova Molimo oa hao.+ U se ke ua etsa mosebetsi+ leha e le ofe, uena kapa mora oa hao kapa morali oa hao kapa lekhoba la hao kapa lekhabunyane la hao kapa poho ea hao kapa esele ea hao kapa phoofolo leha e le efe ea hao e ruiloeng kapa mojaki oa hao ea ka har’a liheke tsa hao,+ e le hore lekhoba la hao le lekhabunyane la hao le ka phomola joaloka uena.+ 15 U hopole hore u bile lekhoba naheng ea Egepeta+ ’me Jehova Molimo oa hao a u ntša teng ka letsoho le matla le ka letsoho le otlolohileng.+ Ke ka lebaka leo Jehova Molimo oa hao a u laetseng hore u boloke letsatsi la sabatha.+
16 “‘Hlompha ntat’ao le ’m ’ao,+ feela joalokaha Jehova Molimo oa hao a u laetse; e le hore matsatsi a hao a ka ba malelele ’me lintho li u tsamaele hantle+ lefatšeng leo Jehova Molimo oa hao a u fang lona.
20 “‘U se ke ua paka ka bohata khahlanong le oa heno.+
21 “‘U se ke ua lakatsa mosali oa oa heno.+ Ka boithati u se ke ua lakatsa ntlo ea oa heno, tšimo ea hae kapa lekhoba la hae kapa lekhabunyane la hae, poho ea hae kapa esele ea hae kapa ntho leha e le efe ea oa heno.’+
22 “Jehova o boleletse phutheho eohle ea lōna Mantsoe ana thabeng a le har’a mollo,+ leru le botšo bo boholo, ka lentsoe le phahameng, ’me ha aa ka a eketsa letho; ka mor’a moo a a ngola holim ’a matlapa a mabeli a lejoe ’me a mpha ’ona.+
23 “Eitse hang ha le utloile lentsoe har’a lefifi, ha thaba e ntse e tuka mollo,+ la atamela ho ’na, lihlooho tsohle tsa meloko ea lōna le banna ba lōna ba baholo. 24 Joale la re, ‘Bona! Jehova Molimo oa rōna o re bontšitse khanya ea hae le boholo ba hae, ’me re utloile lentsoe la hae har’a mollo.+ Letsatsing lena re bone hore Molimo a ka bua le motho ’me a tsoela pele a phela.+ 25 Joale ke hobane’ng ha re lokela ho shoa, etsoe mollo ona o moholo o tla re chesa?+ Haeba re ka boela ra utloa lentsoe la Jehova Molimo oa rōna, ka sebele re tla shoa.+ 26 Etsoe ke mang har’a nama eohle ea utloileng lentsoe la Molimo ea phelang+ le bua har’a mollo joaloka rōna ’me leha ho le joalo a ’na a phela? 27 Atamela ’me u utloe sohle seo Jehova Molimo oa rōna a tla se bua; ke uena ea tla re bolella sohle seo Jehova Molimo oa rōna a tla u bolella sona,+ ’me ka sebele re tla mamela ’me re phethe.’
28 “Kahoo Jehova a utloa mantsoe a lōna ha le bua le ’na, ’me Jehova a tsoela pele ho re ho ’na, ‘Ke utloile mantsoe a sechaba sena, ao se u boleletseng oona. Se entse hantle ho sohle seo se se buileng.+ 29 Hoja se ne se ka etsa hore lipelo tsena tsa sona li ntšabe+ ’me li boloke litaelo tsohle tsa ka+ kamehla, e le hore lintho li ka se tsamaela hantle le bara ba sona ho isa nakong e sa lekanyetsoang!+ 30 E-ea u re ho sona: “Khutlelang hae litenteng tsa lōna.” 31 U eme mona le ’na, ’me ke u bolelle litaelo tsohle le melao ea tsamaiso le liqeto tsa boahloli tseo u lokelang ho se ruta tsona+ le tseo se tla li phetha naheng eo ke se fang eona hore se e rue.’ 32 Le ele hloko ho etsa feela joalokaha Jehova Molimo oa lōna a le laetse.+ Le se ke la khelohela ka ho le letona kapa ka ho le letšehali.+ 33 Le lokela ho tsamaea+ litseleng tsohle tseo Jehova Molimo oa lōna a le laetseng tsona, e le hore le phele ’me lintho li le tsamaele hantle+ ’me ruri le lelefatse matsatsi a lōna naheng eo le tla e rua.
6 “Joale tsena ke litaelo, melao ea tsamaiso le liqeto tsa boahloli tseo Jehova Molimo oa lōna a laetseng hore le li rutoe,+ e le hore le li phethe naheng eo le fetelang ho eona ho ea e rua; 2 hore le tšabe+ Jehova Molimo oa lōna e le hore le boloke litaelo tsohle tsa hae tse hlomamisitsoeng le litaelo tsa hae tseo ke le laelang tsona, lōna le bara ba lōna le litloholo tsa lōna,+ ka matsatsi ’ohle a bophelo ba lōna, e le hore matsatsi a lōna a ka ba malelele.+ 3 U mamele, Uena Iseraele, ’me u ele hloko ho li phetha,+ e le hore lintho li u tsamaele hantle+ le hore u ngatafale haholo, feela joalokaha Jehova Molimo oa baholo-holo ba hao a u tšepisitse,+ mabapi le naha e phallang lebese le mahe a linotši.
4 “Mamela, Uena Iseraele: Jehova Molimo oa rōna ke Jehova a le mong.+ 5 U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo+ ea hao eohle le ka moea+ oa hao oohle le ka mafolofolo a hao ’ohle.+ 6 Mantsoe ana ao ke u laelang ’ona kajeno a be pelong ea hao;+ 7 u a rute mora+ oa hao ka ho pheta-pheta ’me u bue ka ’ona ha u lutse ka tlung ea hao le ha u tsamaea tseleng le ha u robetse+ le ha u tsoha. 8 U a tlame e le pontšo letsohong+ la hao, ’me e tla ba lebanta le roaloang phatleng pakeng tsa mahlo a hao;+ 9 u a ngole likoseneng tsa menyako tsa ntlo ea hao le lihekeng tsa hao.+
10 “Etlare ha Jehova Molimo oa hao a u tlisa naheng eo a hlapanyelitseng baholo-holo ba hao Abrahama, Isaka le Jakobo hore o tla u fa eona,+ metse e meholo le e metle eo u sa kang ua e haha,+ 11 le matlo a tletseng lintho tsohle tse ntle ao u sa kang ua a tlatsa ka tsona, le liliba tse chekiloeng tseo u sa kang ua li cheka, lirapa tsa morara le lifate tsa mohloaare tseo u sa kang ua li lema, ’me u jele u khotše,+ 12 u itebele hore u se ke ua lebala+ Jehova, ea u ntšitseng naheng ea Egepeta, ka tlung ea makhoba. 13 U lokela ho tšaba Jehova Molimo oa hao,+ u lokela ho sebeletsa eena,+ ’me u lokela ho hlapanya ka lebitso la hae.+ 14 Le se ke la latela melimo e meng, melimo leha e le efe ea lichaba tse le pota-potileng ka hohle,+ 15 (etsoe Jehova Molimo oa hao ea har’a lōna ke Molimo ea batlang boinehelo bo khethehileng,)+ esere bohale ba Jehova Molimo oa hao ba u tukela+ ’me a u felisa holim ’a lefatše.+
16 “Le se ke la leka Jehova Molimo oa lōna,+ ka tsela eo le ileng la mo leka ka eona Masa.+ 17 Le boloke litaelo tsa Jehova Molimo oa lōna+ ka hohle le bopaki ba hae+ le melao ea hae ea tsamaiso+ eo a le laetseng eona.+ 18 Le etse se nepahetseng le se setle mahlong a Jehova, e le hore lintho li ka le tsamaela hantle+ ’me ka sebele la kena ’me la rua naha e ntle eo Jehova a hlapanyelitseng baholo-holo+ ba lōna ka eona, 19 ka ho sutumelletsa lira tsohle tsa lōna hōle hore li tlohe ka pel’a lōna, feela joalokaha Jehova a tšepisitse.+
20 “Haeba mora oa hao a u botsa nakong e tlang,+ a re, ‘Bopaki le melao ea tsamaiso le liqeto tsa boahloli tseo Jehova Molimo oa rōna a le laetseng tsona li bolela’ng?’ 21 joale u tla re ho mora oa hao, ‘Re bile makhoba a Faro Egepeta, empa Jehova a re ntša Egepeta ka letsoho le matla.+ 22 Kahoo Jehova a ’na a beha lipontšo le mehlolo,+ e meholo le e bakang tlokotsi, Egepeta, ho Faro le ho bohle ba ntlo ea hae ka pel’a mahlo a rōna.+ 23 A re ntša teng hore a re tlise mona e le hore a re fe naha eo a hlapanyelitseng baholo-holo ba rōna ka eona.+ 24 Kahoo Jehova o laetse hore re phethe melao ena eohle ea tsamaiso,+ hore re tšabe Jehova Molimo oa rōna bakeng sa molemo oa rōna kamehla,+ e le hore re tsoele pele re phela joaloka letsatsing lena.+ 25 Ho tla bolela ho loka ho rōna,+ hore re ele hloko ho phetha litaelo tsena tsohle ka pel’a Jehova Molimo oa rōna, feela joalokaha a re laetse.’+
7 “Ha qetellong Jehova Molimo oa hao a u tlisa naheng eo u eang ho e rua,+ o tla boela a tlose lichaba tse nang le baahi ba bangata ka pel’a hao,+ Bahethe+ le Bagirgashe+ le Baamore+ le Bakanana+ le Bapereze+ le Baheve+ le Bajebuse,+ lichaba tse supileng tse nang le baahi ba bangata le tse matla ho u feta.+ 2 Ka sebele Jehova Molimo oa hao o tla u tlohellela tsona, ’me u tla li hlōla.+ Ruri u lokela ho li nehela timetso.+ U se ke ua hlaba selekane le tsona kapa ua li bontša mohau.+ 3 U se ke ua etsa selekane sa lenyalo le tsona. U se ke ua fana ka morali oa hao ho mora oa hae, ’me u se ke ua nkela mora oa hao morali oa hae.+ 4 Etsoe o tla khelosa mora oa hao hore a se ke a ntatela, ’me ka sebele ba tla sebeletsa melimo e meng;+ ruri bohale ba Jehova bo tla le tukela, ’me o tla le felisa ka potlako.+
5 “Ka lehlakoreng le leng, sena ke seo le lokelang ho ba etsa sona: Le lokela ho heletsa lialetare tsa bona,+ ’me le heletse litšiea tsa bona tse halalelang,+ le reme+ lipalo tsa bona tse halalelang,+ ’me le chese ka mollo litšoantšo tsa bona tse betliloeng.+ 6 Etsoe le sechaba se halalelang ho Jehova Molimo oa lōna.+ Ke lōna bao Jehova Molimo oa lōna a le khethileng hore le be sechaba sa hae, thepa e khethehileng, har’a lichaba tsohle tse holim ’a lefatše.+
7 “Hase kahobane le ne le e-na le baahi ba bangata ho feta lichaba tsohle Jehova a ileng a le bontša boikutlo bo mofuthu hoo a le khethileng,+ etsoe le ne le le ba banyenyane har’a lichaba tsohle.+ 8 Empa ke kahobane Jehova a le ratile,+ le kahobane a bolokile polelo ea hae eo a e hlapanyelitseng baholo-holo ba lōna,+ Jehova a le ntšitseng ka letsoho le matla,+ e le hore a le lopolle ntlong ea makhoba,+ letsohong la Faro morena oa Egepeta. 9 Le tseba hantle hore Jehova Molimo oa lōna ke Molimo oa ’nete,+ Molimo ea tšepahalang,+ ea bolokang selekane+ le mosa o lerato ho ba mo ratang le ba bolokang litaelo tsa hae ho isa melokong e sekete,+ 10 empa a buseletsa sefahla-mahlo ea mo hloeang ka ho mo timetsa.+ A ke ke a tsilatsila ho ea mo hloileng; o tla mo buseletsa sefahla-mahlo. 11 Le boloke taelo le melao ea tsamaiso le liqeto tsa boahloli tseo ke le laelang tsona kajeno ka ho li phetha.+
12 “Kahobane le tsoela pele ho mamela liqeto tsena tsa boahloli ’me lea li boloka ’me lea li phetha,+ Jehova Molimo oa lōna o tla le bolokela selekane+ le mosa o lerato oo a hlapanyelitseng baholo-holo ba lōna ka oona.+ 13 Ka sebele o tla le rata a le hlohonolofatse+ ’me a le atise+ a hlohonolofatse litholoana tsa limpa+ tsa lōna le litholoana tsa mobu+ oa lōna, lijo-thollo tsa lōna le veine ea lōna e ncha le oli ea lōna, manamane a likhomo tsa lōna le tse tsoetsoeng mohlapeng+ oa lōna, naheng eo a hlapanyelitseng baholo-holo ba lōna hore o tla le fa eona.+ 14 Le tla hlohonolofatsoa ka ho fetisisa lichabeng tsohle.+ Ho lōna ho ke ke ha e-ba le e motona kapa e motšehali ea se nang bana, leha e le har’a liphoofolo tsa lōna tse ruuoang.+ 15 Ka sebele Jehova o tla tlosa ho lōna boloetse bo bong le bo bong; ha e le maloetse ’ohle a mabe a Egepeta ao le a tsebileng,+ a ke ke a le tlisetsa ’ona, ruri o tla a tlisetsa bohle ba le hloeang. 16 Le timetse lichaba tsohle tseo Jehova Molimo oa lōna a le fang tsona.+ Mahlo a lōna a se ke a li utloela bohloko;+ ’me le se ke la sebeletsa melimo ea tsona,+ hobane seo e tla ba leraba ho lōna.+
17 “Haeba u re ka pelong ea hao, ‘Lichaba tsena li na le baahi ba bangata haholo ho mpheta. Ke tla khona joang ho li leleka?’+ 18 u se ke ua li tšaba.+ U hopole seo Jehova Molimo oa hao a se entseng ho Faro le ho Baegepeta bohle,+ 19 bopaki bo boholo boo mahlo a hao a bo boneng,+ le lipontšo le mehlolo+ le letsoho le matla+ le letsoho le otlolohileng+ leo Jehova Molimo oa hao a u ntšitseng ka lona.+ Ke tsela eo Jehova Molimo oa hao a tla etsa ka eona ho lichaba tsohle tseo u li tšabang.+ 20 Jehova Molimo oa hao o tla boela a romele ho nyahama+ ho tsona, ho fihlela ba neng ba tlohetsoe hore ba sale+ le ba neng ba ipatetse lōna ba timela. 21 U se ke ua haroha letsoalo ka lebaka la bona, etsoe Jehova Molimo oa hao o har’a lōna,+ Molimo e moholo le ea tšabehang.+
22 “Ka sebele Jehova Molimo oa hao o tla sutumetsa lichaba tsena hore li be hōle le uena hanyane ka hanyane.+ U ke ke ua lumelloa hore u li timetse kapele, esere libata tsa naha tsa ata khahlanong le uena. 23 Ruri Jehova Molimo oa hao o tla u tlohellela tsona ’me a li hlōle ka tlhōlo e khōlō, ho fihlela li felisitsoe.+ 24 Ka sebele o tla nehelana ka marena a tsona matsohong a hao,+ ’me u felise mabitso a tsona tlas’a maholimo.+ Ha ho le ea mong ea tla ema a tiile khahlanong le uena,+ ho fihlela u li felisitse.+ 25 Le lokela ho chesa litšoantšo tse betliloeng tsa melimo ea tsona mollong.+ U se ke ua lakatsa silevera le khauta e ho tsona,+ kapa hona ho inkela eona,+ esere ua tšoasoa+ ke eona; etsoe ke ntho e manyala+ ho Jehova Molimo oa hao. 26 U se ke ua tlisa ntho e manyala ka tlung ea hao eaba u fetoha ntho e nehetsoeng timetso joaloka eona. U e nyonye ka ho phethahetseng ’me u e hloee ka ho feletseng,+ hobane ke ntho e nehetsoeng timetso.+
8 “Le lokela ho ela hloko ho boloka taelo e ’ngoe le e ’ngoe eo ke le laelang eona kajeno,+ e le hore le ka tsoela pele le phela+ ’me ruri la ata ’me la kena le ho rua naha eo Jehova a hlapanyelitseng baholo-holo ba lōna ka eona.+ 2 U hopole tsela eohle eo Jehova Molimo oa hao a u tsamaisitseng ka eona ka lilemo tsena tse mashome a mane lefeelleng,+ hore a u kokobetse,+ a u leke+ e le hore a tsebe se ka pelong ea hao,+ hore na u tla boloka litaelo tsa hae kapa che. 3 Kahoo o u kokobelitse ’me a u tlohela hore u lape+ eaba o u fepa manna,+ ao uena kapa bo-ntat’ao le neng le sa a tsebe; e le hore u tsebe hore motho ha a phele ka bohobe feela empa motho o phela ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe ea molomo oa Jehova.+ 4 Liaparo tsa hao tsa ka holimo ha lia ka tsa tsofala, leha e le hore maoto a hao a ile a ruruha ka lilemo tsena tse mashome a mane.+ 5 U tseba hantle ka pelo ea hao hore Jehova Molimo oa hao o ne a u khalemela, feela joalokaha motho a khalemela mora oa hae.+
6 “U boloke litaelo tsa Jehova Molimo oa hao ka ho tsamaea litseleng+ tsa hae le ka ho mo tšaba.+ 7 Etsoe Jehova Molimo oa hao o u tlisa naheng e ntle,+ naha ea liphula tsa melapo e phoroselang ea metsi, liliba le maliba a tsoang thoteng+ le sebakeng se lithaba, 8 naha ea koro le harese le lifate tsa morara le lifeiga le likharenate,+ naha ea oli ea mehloaare le mahe a linotši,+ 9 naha eo ho eona u ke keng ua haelloa ke ho ja bohobe, eo u ke keng ua haelloa ke letho ho eona, naha eo majoe a eona e leng a tšepe le eo lithabeng tsa eona le tla rafa koporo.
10 “Ha u se u jele ’me u ikhotsofalitse,+ u boke+ Jehova Molimo oa hao bakeng sa naha e ntle eo a u fileng eona.+ 11 U itebele hore u se ke ua lebala+ Jehova Molimo oa hao hoo u sa bolokeng litaelo tsa hae le liqeto tsa hae tsa boahloli le litaelo tsa hae tse hlomamisitsoeng tseo ke u laelang tsona kajeno;+ 12 esere ua ja ua ikhotsofatsa, ua haha matlo a matle ’me ua lula ho ’ona,+ 13 ’me mohlape oa hao oa liphoofolo tse khōlō le mohlape oa hao oa likhutšoane oa eketseha, ’me ua ateloa ke silevera le khauta, ’me sohle sa hao sa eketseha; 14 pelo ea hao ea phahama+ eaba u lebala Jehova Molimo oa hao, ea u ntšitseng naheng ea Egepeta, ka tlung ea makhoba;+ 15 ea u tsamaisitseng lefeelleng le leholo le le tšabehang,+ le nang le linoha tse chefo+ le liphepheng le mobu o nyoriloeng o se nang metsi; ea u ntšelitseng metsi lefikeng le thata;+ 16 ea u fepileng ka manna+ lefeelleng, ao bo-ntat’ao ba neng ba sa a tsebe, hore a u kokobetse+ le hore a u leke e le hore a u etsetse se molemo mehleng ea hao e tlang;+ 17 eaba u re ka pelong ea hao, ‘Matla a ka le bonatla ba letsoho la ka bo nketselitse leruo lena.’+ 18 U hopole Jehova Molimo oa hao, hobane ke eena ea u fang matla a ho etsa leruo;+ e le hore a phethe selekane sa hae seo a hlapanyelitseng baholo-holo ba hao ka sona, joaloka letsatsing lena.+
19 “Haeba le lebala Jehova Molimo oa lōna ’me le hlile le latela melimo e meng ’me le e sebeletsa ’me le e inamela, ke paka kajeno khahlanong le lōna hore le tla timela ka ho feletseng.+ 20 Le tla timela joaloka lichaba tseo Jehova a li felisang ka pel’a lōna, hobane le ke ke la mamela lentsoe la Jehova Molimo oa lōna.+
9 “Utloa, Uena Iseraele, kajeno u tšela Jordane+ ho kena le ho leleka lichaba tse khōlō le tse matla ho u feta,+ metse e meholo le e etselitsoeng liqhobosheane ho fihlela maholimong,+ 2 sechaba se seholo le se selelele, bara ba Baanake,+ bao u tsebileng le ho utloa ho thoe ka bona, ‘Ke mang ea ka emang a tiile ka pel’a bara ba Anake?’ 3 Kajeno u tseba hantle hore Jehova Molimo oa hao o tšela ka pel’a hao.+ Ke mollo o timetsang.+ O tla ba felisa,+ ’me o tla ba kokobetsa ka pel’a hao; u lokela ho ba leleka ’me u ba timetse ka potlako, feela joalokaha Jehova a buile le uena.+
4 “U se ke ua bua sena ka pelong ea hao ha Jehova Molimo oa hao a li sutumeletsa hōle hore li tlohe ka pel’a hao, ‘Ke ka lebaka la ho loka Jehova a ntlisitseng ho tla rua naha ena,’+ athe ke ka lebaka la bokhopo ba lichaba tsena Jehova a li lelekang ka pel’a hao.+ 5 Hase ka ho loka+ ha hao kapa ka ho loka ha pelo+ ea hao u tlang ho rua naha ea tsona; ha e le hantle, ke ka bokhopo ba lichaba tsena Jehova Molimo oa hao a li lelekang ka pel’a hao,+ e le hore a phethe lentsoe leo Jehova a le hlapanyelitseng baholo-holo ba hao, Abrahama,+ Isaka+ le Jakobo.+ 6 U tsebe hore hase ka ho loka ha hao Jehova Molimo oa hao a u fang naha ena e ntle hore u e rue; etsoe lōna le sechaba se melala e sataletseng.+
7 “Hopolang: Le se ke la lebala kamoo le halefisitseng Jehova Molimo oa lōna kateng lefeelleng.+ Ho tloha letsatsing leo le tsoileng naheng ea Egepeta ka lona ho fihlela ha le fihla sebakeng sena le fetohetse Jehova.+ 8 Esita le Horebe le halefisitse Jehova hoo Jehova a ileng a le tukela ka bohale ho fihlela boemong ba ho le felisa.+ 9 Ha ke nyolohela thabeng ho ea amohela matlapa a majoe,+ matlapa a selekane seo Jehova a neng a se hlabile le lōna,+ ’me ke lutse thabeng ka matsatsi a mashome a mane le masiu a mashome a mane,+ (ha kea ka ka ja bohobe kapa ka noa metsi,) 10 joale Jehova a mpha matlapa a mabeli a lejoe a ngotsoeng ka monoana oa Molimo;+ ’me holim ’a ’ona ho ne ho e-na le mantsoe ’ohle ao Jehova a neng a a buile le lōna thabeng har’a mollo letsatsing la phutheho.+ 11 Eitse bofelong ba matsatsi a mashome a mane le masiu a mashome a mane Jehova a mpha matlapa a mabeli a lejoe, matlapa a selekane;+ 12 eaba Jehova o re ho ’na, ‘Ema, theoha mona kapele, hobane sechaba sa heno seo u se ntšitseng Egepeta se entse ka mokhoa o senyang.+ Se khelohile kapele tseleng eo ke se laetseng eona. Se iketselitse setšoantšo se entsoeng ka ho qhibilihisoa.’+ 13 Jehova a tsoela pele ho re ho ’na, ‘Ke bone sechaba sena, ’me, bona! ke sechaba se melala e sataletseng.+ 14 Ntlohele ke se felise+ ’me ke hlakole lebitso la sona tlas’a maholimo,+ ’me ke u etse sechaba se matla le se nang le baahi ba bangata ho se feta.’+
15 “Ka mor’a moo ka reteleha ’me ka theoha thabeng, ha thaba e ntse e tuka mollo;+ matlapa a mabeli a selekane a ne a le matsohong a ka ka bobeli.+ 16 Joale ka talima, ’me le ne le sitetsoe Jehova Molimo oa lōna! Le ne le iketselitse namane e entsoeng ka ho qhibilihisoa.+ Le ne le khelohile kapele tseleng eo Jehova a neng a le laetse eona.+ 17 Eaba ke nka matlapa a mabeli ’me ke a lahlela fatše ka matsoho a ka ’me ke a pshatla ka pel’a mahlo a lōna.+ 18 Ka itihela fatše ka sefahleho ka pel’a Jehova, joaloka pele, ka matsatsi a mashome a mane le masiu a mashome a mane. Ke sa je bohobe leha e le ho noa metsi,+ ka lebaka la libe tsohle tsa lōna tseo le neng le li entse ka ho etsa bobe mahlong a Jehova e le hore le mo siteloe.+ 19 Etsoe ke ne ke tšohile ka lebaka la bohale bo tukang boo Jehova a neng a le halefetse ka bona ho fihlela boemong ba ho le felisa.+ Leha ho le joalo, Jehova o ile a ’mamela le ka nako eo.+
20 “Arone, le eena, Jehova a mo tukela ka bohale ho fihlela boemong ba ho mo felisa;+ empa ka boela ka etsa thapeli+ molemong oa Arone ka nako eo. 21 Sebe sa lōna seo le neng le se entse, namane,+ ka e nka, eaba ke e chesa mollong le ho e robakanya, ka e silakanya ho fihlela e thumisehile joaloka lerōle; ka mor’a moo ka lahlela lerōle la eona molapong o phoroselang o neng o theoha thabeng.+
22 “Ho ekelletsa moo, la halefisa+ Jehova Tabera+ le Masa+ le Kibrothe-hatava.+ 23 Ha Jehova a le ntša Kadeshe-barnea,+ a re, ‘Nyolohang ’me le rue naha eo ka sebele ke tla le fa eona!’ joale la fetohela taelo ea Jehova Molimo oa lōna,+ ’me ha lea ka la bontša tumelo+ ho eena ’me ha lea ka la mamela lentsoe la hae.+ 24 Le fetohetse Jehova+ ho tloha ka letsatsi leo ke le tsebileng ka lona.
25 “Kahoo ka ’na ka itihela fatše ka sefahleho ka pel’a Jehova ka matsatsi a mashome a mane le masiu a mashome a mane,+ etsoe ke ile ka itihela fatše ka sefahleho joalo hobane Jehova a ne a buile ka ho le felisa.+ 26 Ka qala ho etsa thapeli+ ho Jehova ’me ka re, ‘’Musi Morena Jehova, u se ke ua felisa sechaba sa hao, e leng thepa ea hao,+ seo u se lopolotseng ka boholo ba hao, seo u se ntšitseng Egepeta+ ka letsoho le matla.+ 27 Hopola bahlanka ba hao Abrahama, Isaka le Jakobo.+ U se ke ua retelletsa sefahleho sa hao ho thatafaleng ha sechaba sena le bokhopong ba sona le sebeng sa sona,+ 28 esere naha+ eo u re ntšitseng ho eona ea re: “Kahobane Jehova a ne a sa khone ho se isa naheng eo a se tšepisitseng eona, le hobane a ne a se hloile o se ntšitse hore a se bolaele lefeelleng.”+ 29 Ebile ke sechaba sa hao le thepa+ ea hao eo u e ntšitseng ka matla a hao a maholo le letsoho la hao le otlolohileng.’+
10 “Ka nako eo Jehova a re ho ’na, ‘Ipetlele matlapa a mabeli a lejoe a tšoanang le a pele,+ ’me u nyolohele ho ’na thabeng, ’me u iketsetse areka ea lehong.+ 2 Ke tla ngola holim ’a matlapa ao mantsoe a hlahileng matlapeng a pele, ao u a pshatlileng, ’me u a behe ka arekeng.’ 3 Kahoo ka etsa areka ka lehong la leoka ’me ka betla matlapa a mabeli a lejoe a tšoanang le a pele+ eaba ke nyolohela thabeng, ’me matlapa a mabeli a ne a le letsohong la ka. 4 Joale a ngola holim ’a matlapa mongolo o kang oa pele,+ Mantsoe a Leshome,+ ao Jehova a neng a le boleletse ’ona thabeng a le har’a mollo+ ka letsatsi la phutheho;+ ka mor’a moo Jehova a mpha ’ona. 5 Joale ka reteleha ’me ka theoha thabeng+ eaba ke beha matlapa ka har’a areka eo ke neng ke e entse, hore a lule teng, feela joalokaha Jehova a ne a ntaetse.+
6 “Bara ba Iseraele ba tloha Beerothe Bene-jakane+ ho ea Mosera. Arone a shoela teng, ’me a patoa teng;+ mora oa hae Eleazare a qala ho sebetsa e le moprista sebakeng sa hae.+ 7 Ho tloha moo ba ea Gudegoda, ’me ho tloha Gudegoda ba ea Jotbatha,+ naha ea liphula tsa melapo e phoroselang tse phallang metsi.
8 “Ka nako eo Jehova a arola moloko oa Levi+ hore o jare areka ea selekane sa Jehova,+ hore o eme ka pel’a Jehova bakeng sa ho mo sebeletsa+ le ho boka lebitso la hae ho fihlela letsatsing lena.+ 9 Ke ka lebaka leo Levi a se nang kabelo le lefa+ hammoho le barab’abo. Jehova ke lefa la hae, feela joalokaha Jehova Molimo oa lōna a ne a mo boleletse.+ 10 ’Me ’na—ka hlola thabeng joaloka matsatsing a pele, ka matsatsi a mashome a mane le masiu a mashome a mane,+ ’me Jehova a ’mamela le lekhetlong leo.+ Jehova o ne a sa batle ho le felisa.+ 11 Joale Jehova a re ho ’na, ‘Ema, u etelle sechaba pele hore se tsamaee, e le hore se kene ’me se rue naha eo ke hlapanyelitseng baholo-holo ba sona hore ke tla ba fa eona.’+
12 “Joale, Uena Iseraele, Jehova Molimo oa hao o batla eng ho uena+ haese hore u tšabe+ Jehova Molimo oa hao, e le hore u tsamaee litseleng tsohle tsa hae+ le ho mo rata+ le ho sebeletsa Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle;+ 13 hore u boloke litaelo tsa Jehova le litaelo tsa hae tse hlomamisitsoeng+ tseo ke u laelang tsona kajeno, molemong oa hao?+ 14 Bona, maholimo+ ke a Jehova Molimo oa hao, esita le maholimo a maholimo, lefatše+ le tsohle tse ho lona. 15 Jehova o ikamahantse le baholo-holo ba hao hore feela a ba rate, hoo a khethileng bana ba bona,+ lōna ka bolōna, har’a lichaba tsohle, joaloka letsatsing lena. 16 Le lokela ho bolotsa matlalo a lipelo+ tsa lōna ’me le se hlole le satalatsa melala ea lōna.+ 17 Etsoe Jehova Molimo oa lōna ke Molimo oa melimo+ le Morena oa marena,+ Molimo e moholo, ea matla le ea tšabehang,+ ea sa tšoareng le ea mong ka leeme+ leha e le ho amohela tjotjo,+ 18 ea phethisang kahlolo bakeng sa moshanyana ea se nang ntate le mohlolohali+ le ea ratang mojaki+ e le hore a mo fe bohobe le seaparo sa ka holimo. 19 Le lōna le rate mojaki,+ etsoe le bile bajaki naheng ea Egepeta.+
20 “U lokela ho tšaba Jehova Molimo oa hao.+ U mo sebeletse,+ u mo khomarele,+ ’me u hlapanye ka lebitso la hae.+ 21 Ke eena Eo u lokelang ho mo rorisa,+ ’me ke Molimo oa hao, ea u etselitseng lintho tsena tse khōlō le tse tšabehang tseo mahlo a hao a li boneng.+ 22 Baholo-holo ba hao ba theohetse Egepeta ka meea e mashome a supileng,+ ’me joale Jehova Molimo oa hao o entse hore u be joaloka linaleli tsa maholimo ka bongata.+
11 “Le rate Jehova Molimo oa lōna+ ’me le boloke mosebetsi oa lōna ho eena le litaelo tsa hae tse hlomamisitsoeng le liqeto tsa hae tsa boahloli+ le litaelo tsa hae kamehla. 2 Le tseba hantle kajeno (etsoe ha ke bue le bara ba lōna ba sa kang ba tseba le ba sa kang ba bona taeo ea Jehova+ Molimo oa lōna, boholo+ ba hae, letsoho la hae le matla+ le letsoho la hae le otlolohileng,+ 3 kapa lipontšo tsa hae le liketso tsa hae tseo a li entseng har’a Egepeta+ ho Faro morena oa Egepeta le naheng eohle ea hae; 4 kapa seo a se entseng ho mabotho a sesole a Egepeta, ho lipere tsa hae le makoloi a hae a ntoa ao a entseng hore metsi a Leoatle le Lefubelu a phalle khahlanong le lifahleho tsa ’ona ha a ne a ba lelekisa,+ ’me Jehova a a timetsa ho fihlela letsatsing lena;+ 5 kapa seo a le entseng sona lefeelleng ho fihlela le fihla sebakeng sena; 6 kapa seo a se entseng ho Dathane le Abirame+ bara ba Eliabe mora oa Rubene, ha lefatše le ahlamisa molomo oa lona ’me le ba metsa hammoho le malapa a bona le litente tsa bona le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang e ileng ea ba sala morao har’a Baiseraele bohle);+ 7 etsoe ke mahlo a lōna a boneng liketso tsohle tse khōlō tsa Jehova tseo a li entseng.+
8 “Le boloke taelo+ eohle eo ke le laelang eona kajeno, e le hore le be matla ’me ruri le kene le rue naha eo le tšelang ho ea e rua,+ 9 le hore le lelefatse matsatsi+ a lōna naheng eo Jehova a hlapanyelitseng baholo-holo ba lōna hore o tla ba fa eona hammoho le peō ea bona,+ naha e phallang lebese le mahe a linotši.+
10 “Etsoe naha eo le eang ho e rua ha e tšoane le naha ea Egepeta eo le tsoileng ho eona, moo le neng le jala peō ea lōna ’me le lokela ho nosetsa ka maoto a lōna, joaloka serapa sa meroho. 11 Empa naha eo le tšelang ho ea e rua ke naha ea lithaba le lithota.+ E noa metsi a pula ea maholimo; 12 naha eo Jehova Molimo oa lōna a e hlokometseng. Mahlo+ a Jehova Molimo oa lōna a ho eona kamehla, ho tloha qalong ea selemo ho ea qetellong ea selemo.
13 “Haeba ruri le mamela litaelo+ tsa ka tseo ke le laelang tsona kajeno hore le rate Jehova Molimo oa lōna le ho mo sebeletsa ka lipelo tsohle tsa lōna le ka meea eohle ea lōna,+ 14 ka sebele le ’na ke tla fa naha ea lōna pula ka nako ea eona e behiloeng,+ pula ea lehoetla le pula ea selemo,+ ’me ruri le tla bokella lijo-thollo tsa lōna le veine ea lōna e monate le oli ea lōna. 15 Ka sebele liphoofolo tsa lōna tse ruuoang+ ke tla li fa limela masimong a lōna, ’me ruri le tla ja ’me le khore.+ 16 Itebeleng esere lipelo tsa lōna tsa ekoa,+ ’me la kheloha eaba le rapela melimo e meng ’me la e inamela,+ 17 ’me bohale ba Jehova ba le tukela, ’me a koala maholimo hoo pula e ke keng ea e-ba teng+ le naha e ke keng ea fana ka lihlahisoa tsa eona ’me la lokela ho timela ka potlako naheng e ntle eo Jehova a le fang eona.+
18 “Le kenye mantsoe ana a ka lipelong+ tsa lōna le meeeng ea lōna ’me le a tlame e le pontšo matsohong a lōna, ’me e tla ba lebanta le roaloang phatleng pakeng tsa mahlo a lōna.+ 19 Hape le a rute bara ba lōna, e le hore le bue ka ’ona ha le lutse ka matlung a lōna le ha le tsamaea tseleng le ha le robala le ha le tsoha.+ 20 Le a ngole likoseneng tsa matlo a lōna le lihekeng+ tsa lōna, 21 hore matsatsi a lōna le matsatsi a bara ba lōna a ngatafale+ naheng eo Jehova a hlapanyelitseng baholo-holo ba lōna hore o tla ba fa eona,+ joaloka matsatsi a maholimo holim ’a lefatše.+
22 “Etsoe haeba ka tieo le boloka taelo+ ena eohle eo ke le laelang eona hore le e etse, ho rata Jehova Molimo oa lōna,+ ho tsamaea litseleng+ tsohle tsa hae le ho mo khomarela,+ 23 Jehova le eena o tla leleka lichaba tsena tsohle ka lebaka la lōna,+ ’me ka sebele le tla leleka lichaba tse khōlō le tse ngata ho le feta.+ 24 Sebaka se seng le se seng seo bohato ba maoto a lōna bo hatang ho sona e tla ba sa lōna.+ Moeli oa lōna o tla tloha lefeelleng ho ea fihla Lebanone, ho tloha Nōkeng, nōka ea Eufrate, ho ea leoatleng le ka bophirimela.+ 25 Ha ho motho ea tla ema a tiile khahlanong le lōna.+ Jehova Molimo oa lōna o tla etsa hore naha+ eohle eo le tla hata ho eona e le tšohe ’me e le tšabe, feela joalokaha a le tšepisitse.
26 “Bonang, kajeno ke beha ka pel’a lōna tlhohonolofatso le bomalimabe:+ 27 tlhohonolofatso, haeba le tla mamela litaelo tsa Jehova Molimo+ oa lōna tseo ke le laelang tsona kajeno; 28 le bomalimabe,+ haeba le sa mamele litaelo tsa Jehova Molimo+ oa lōna ’me le kheloha tseleng eo ke le laelang eona kajeno, hore le latele melimo e meng eo le sa kang la e tseba.
29 “Etlare ha Jehova Molimo oa lōna a le tlisa naheng eo le eang ho e rua,+ le tla fana ka tlhohonolofatso Thabeng ea Gerizime+ le bomalimabe Thabeng ea Ebale.+ 30 Na ha li lehlakoreng la Jordane ka nģ’a bophirima-tsatsi, naheng ea Bakanana ba lulang Araba,+ ka pel’a Gilgale,+ thōko ho lifate tse khōlō tsa More?+ 31 Etsoe le tšela Jordane ho kena le ho rua naha eo Jehova Molimo oa lōna a le fang eona, ’me le tla e rua ’me le lule ho eona.+ 32 Le ele hloko hore le phethe melao eohle ea tsamaiso le liqeto tsa boahloli+ tseo ke li behang ka pel’a lōna kajeno.+
12 “Ena ke melao ea tsamaiso+ le liqeto tsa boahloli+ tseo le tla ela hloko ho li phetha+ naheng eo Jehova Molimo oa baholo-holo ba lōna ka sebele a tla le lumella hore le e rue, ka matsatsi ’ohle ao le phelang ka ’ona naheng eo.+ 2 Le lokela ho felisa ka ho feletseng+ libaka tsohle tseo ho tsona lichaba tseo le li lelekang li neng li sebeletsa melimo ea tsona, lithabeng tse telele le maralleng le tlas’a sefate se seng le se seng se behang haholo.+ 3 Le heletse lialetare+ tsa tsona ’me le pshatle litšiea tsa tsona tse halalelang,+ le chese lipalo tsa tsona tse halalelang+ mollong ’me le robakanye litšoantšo tse betliloeng+ tsa melimo ea tsona, ’me le felise mabitso a tsona sebakeng seo.+
4 “Le se ke la etsa ka tsela eo ho Jehova Molimo oa lōna,+ 5 empa le tla batla ’me le ee sebakeng seo Jehova Molimo oa lōna a tla se khetha melokong eohle ea lōna hore a behe lebitso la hae ho sona, hore le lule teng.+ 6 Le tlise teng linyehelo tsa lōna tsa secheso+ le mahlabelo a lōna le likarolo tsa lōna tsa leshome+ le monehelo oa matsoho+ a lōna le linyehelo tsa lōna tsa boitlamo+ le linyehelo tsa lōna tsa boithaopo+ le matsibolo a mehlape ea lōna ea liphoofolo tse khōlō le a mehlape ea lōna ea likhutšoane.+ 7 Le je teng ka pel’a Jehova Molimo+ oa lōna ’me le thabe mosebetsing o mong le o mong oo le o etsang,+ lōna le malapa a lōna, hobane Jehova Molimo oa lōna o le hlohonolofalitse.
8 “Le se ke la etsa ho ea ka sohle seo re se etsang mona kajeno, e mong le e mong ho ea ka se nepahetseng mahlong a hae,+ 9 hobane ha le e-s’o fihle sebakeng sa phomolo+ le lefeng leo Jehova Molimo oa lōna a le fang lona. 10 Le tla tšela Jordane+ ’me le lule naheng eo Jehova Molimo oa lōna a le fang eona e le leruo,+ ’me ka sebele o tla le fa phomolo ho lira tsohle tsa lōna ka hohle, ’me ruri le tla lula le sireletsehile.+ 11 Sebaka+ seo Jehova Molimo oa lōna a tla se khetha hore lebitso la hae le lule ho sona ke moo le tla tlisa sohle seo ke le laelang sona, linyehelo tsa lōna tsa secheso+ le mahlabelo a lōna, likarolo tsa lōna tsa leshome+ le monehelo+ oa matsoho a lōna le linyehelo tsa lōna tsa boitlamo+ tsa mofuta o mong le o mong o khethehileng tseo le tla itlama ka tsona ho Jehova. 12 Le thabe ka pel’a Jehova Molimo+ oa lōna, lōna le bara ba lōna le barali ba lōna le makhoba a lōna le makhabunyane a lōna le Molevi ea ka har’a liheke tsa lōna, hobane ha a na karolo kapa lefa hammoho le lōna.+ 13 U itebele esere ua nyehela linyehelo tsa hao tsa secheso sebakeng leha e le sefe se seng seo u ka se bonang.+ 14 Empa linyehelo tsa hao tsa secheso u li nyehele sebakeng seo Jehova a tla se khetha ho o mong oa meloko ea heno, ’me u etse sohle seo ke u laelang sona moo.+
15 “U ka hlaba+ neng kapa neng feela ha moea oa hao o ho lakatsa, ’me u jelle nama ka har’a liheke tsohle tsa hao ho ea ka tlhohonolofatso ea Jehova Molimo oa hao eo a u fileng eona. Ea sa hloekang+ le ea hloekileng a ka e ja, joaloka tšephe le joaloka khama e tona.+ 16 Feela le se ke la ja mali.+ U lokela ho a tšollela fatše joaloka metsi.+ 17 U ke ke ua lumelloa ho jella ka har’a liheke tsa hao karolo ea leshome ea lijo-thollo+ tsa hao kapa ea veine ea hao e ncha kapa ea oli ea hao kapa matsibolo a mohlape oa hao oa liphoofolo tse khōlō le mohlape oa hao oa likhutšoane+ kapa leha e le efe ea linyehelo tsa hao tseo u tla itlama ka tsona kapa linyehelo tsa hao tsa boithatelo+ kapa monehelo oa letsoho la hao.+ 18 Empa u tla e jella ka pel’a Jehova Molimo oa hao, sebakeng seo Jehova Molimo oa hao a tla se khetha,+ uena le mora oa hao le morali oa hao le lekhoba la hao le lekhabunyane la hao le Molevi ea ka har’a liheke tsa hao; ’me u thabe+ ka pel’a Jehova Molimo oa hao mosebetsing o mong le o mong oa hao. 19 U itebele hore u se ke ua tlohela Molevi+ ka matsatsi ’ohle a hao naheng ea heno.
20 “Ha Jehova Molimo oa hao a atolosa sebaka sa hao,+ feela joalokaha a u tšepisitse,+ ka sebele u tla re, ‘A nke ke je nama,’ hobane moea oa hao o lakatsa ho ja nama, neng kapa neng ha moea oa hao o e lakatsa u ka ja nama.+ 21 Haeba sebaka seo Jehova Molimo oa hao a tla khetha ho beha lebitso+ la hae ho sona se le hōle le uena, joale u hlabe tse ling mohlapeng oa hao oa liphoofolo tse khōlō kapa tse ling mohlapeng oa hao oa likhutšoane oo Jehova a u fileng oona, feela joalokaha ke u laetse, ’me u li jelle ka har’a liheke tsa hao neng kapa neng ha moea ea hao o li lakatsa.+ 22 U je tšephe le khama e tona ka tsela eo li ka jeoang ka eona:+ u ka ja e sa hloekang+ hammoho le e hloekileng. 23 U ikemisetse ka tieo hore u se ke ua ja mali,+ hobane mali ke moea+ ’me u se ke ua ja moea hammoho le nama. 24 U se ke ua a ja. U a tšollele fatše joaloka metsi.+ 25 U se ke ua a ja, e le hore lintho li u tsamaele hantle+ le bara ba hao, hobane u tla etsa se nepahetseng mahlong a Jehova.+ 26 U nke feela lintho tsa hao tse halalelang+ tseo e tla ba tsa hao, le linyehelo tsa hao tsa boitlamo,+ ’me u tle sebakeng seo Jehova a tla se khetha.+ 27 U fane ka linyehelo tsa hao tsa secheso,+ nama le mali,+ holim ’a aletare ea Jehova Molimo oa hao; mali a mahlabelo a hao a lokela ho tšolleloa aletareng ea Jehova+ Molimo oa hao, empa u ka ja nama.
28 “U itebele, ’me u mamele mantsoe ana ’ohle ao ke u laelang ’ona,+ e le hore lintho li u tsamaele hantle+ le bara ba hao ho isa nakong e sa lekanyetsoang, hobane u tla etsa se molemo le se nepahetseng mahlong a Jehova Molimo oa hao.+
29 “Ha Jehova Molimo oa hao a felisa ka pel’a hao lichaba tseo u tlang ho li leleka,+ le uena u li leleke ’me u lule naheng ea tsona.+ 30 U itebele esere ua tšoasoa ke tsona,+ ka mor’a hore li felisoe ka pel’a hao, esere ua botsa mabapi le melimo ea tsona, ua re, ‘Lichaba tsee li ne li sebeletsa melimo ea tsona joang? ’Me ’na, e, ’na, ke tla etsa ka tsela e tšoanang.’ 31 U se ke ua etsa ka tsela eo ho Jehova Molimo oa hao,+ etsoe li etselitse melimo ea tsona ntho e ’ngoe le e ’ngoe e manyala ho Jehova eo a e hloileng, etsoe esita le bara ba tsona le barali ba tsona kamehla li ba chesetsa melimo ea tsona mollong.+ 32 Le ele hloko ho phetha lentsoe le leng le le leng leo ke le laelang lona.+ Le se ke la le eketsa kapa la le fokotsa.+
13 “Haeba moprofeta+ kapa molori+ oa toro a hlaha har’a lōna ’me a le fa pontšo kapa limakatso,+ 2 ’me pontšo eo a le boleletseng eona kapa limakatso li phethahala,+ a re, ‘A re lateleng melimo e meng, eo le sa kang la e tseba, ’me re e sebeletse,’ 3 le se ke la mamela mantsoe a moprofeta eo kapa a molori oa toro eo,+ hobane Jehova Molimo oa lōna oa le leka+ ho tseba hore na ebe le rata Jehova Molimo oa lōna ka lipelo tsohle tsa lōna le ka meea+ eohle ea lōna. 4 Le lokela ho latela Jehova Molimo oa lōna, ’me le lokela ho mo tšaba, le lokela ho boloka litaelo tsa hae, ’me le lokela ho mamela lentsoe la hae, le lokela ho mo sebeletsa, ’me le lokela ho mo khomarela.+ 5 Moprofeta+ eo kapa molori eo oa toro o lokela ho bolaoa,+ hobane o buile ka ho fetohela Jehova Molimo oa lōna, ea le ntšitseng naheng ea Egepeta ’me a le lopolla ntlong ea makhoba, ho le khelosa tseleng eo Jehova Molimo oa lōna a le laetseng hore le tsamaee ka eona;+ le tlose bobe har’a lōna.+
6 “Haeba mor’eno, mora oa ’m ’ao, kapa mora oa hao kapa morali oa hao kapa mosali oa hao ea ratehang kapa motsoalle oa hao ea kang moea oa hao,+ a leka ho u hoka-hoka sephiring, a re, ‘A re ee ’me re sebeletse melimo e meng,’+ eo u sa kang ua e tseba, uena kapa baholo-holo ba hao, 7 e meng ea melimo ea lichaba tse le pota-potileng, tse haufi le lōna kapa tse hōle le lōna, ho tloha pheletsong e ’ngoe ea naha ho ea pheletsong e ’ngoe ea naha, 8 u se ke ua lumellana le takatso ea hae kapa ua mo mamela,+ kapa leihlo la hao la mo utloela bohloko,+ kapa ua mo qenehela, kapa ua mo sireletsa; 9 empa ruri u lokela ho mo bolaea.+ Letsoho la hao e be la pele holim ’a hae ho mo bolaea, ’me hamorao e be matsoho a sechaba sohle.+ 10 U mo tlepetse ka majoe, a shoe,+ hobane o batlile ho u khelosa ho Jehova Molimo oa hao, ea u ntšitseng naheng ea Egepeta, ka tlung ea makhoba.+ 11 Joale Baiseraele bohle ba tla utloa ’me ba tšohe, ’me ba ke ke ba hlola ba etsa ntho leha e le efe e kang ntho ena e mpe har’a lōna.+
12 “Haeba le utloa ho buuoa sena ho e meng ea metse ea lōna, eo Jehova Molimo oa lōna a le fang eona hore le lule ho eona, 13 ‘Banna ba se nang molemo ba tsoile har’a+ lōna e le hore ba leke ho khelosa baahi ba metse+ ea bona, ba re: “A re eeng ’me re sebeletse melimo e meng,” eo le sa kang la e tseba,’ 14 le boele le batle le batlisise ’me le botsisise;+ haeba ntho ena e tiisitsoe hore ke ’nete, ntho ena e manyala e entsoe har’a lōna, 15 ruri le lokela ho bolaea baahi ba motse oo ka bohale ba sabole.+ Le o nehele timetso+ ka bohale ba sabole hammoho le sohle se ho oona, le liphoofolo tsa oona tse ruuoang. 16 Thepa eohle ea oona e hapuoeng le lokela ho e bokella har’a lepatlelo, ’me le chese motse+ ka mollo hammoho le thepa eohle ea oona e hapuoeng e le nyehelo e feletseng ho Jehova Molimo oa lōna, ’me o tla fetoha qubu ea lithako ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ Le ka mohla ha oa lokela ho tsosolosoa. 17 Ho hang ho se ke ha e-ba le letho le tla khomarela matsohong a lōna la lintho tse khethiloeng ka thohako,+ e le hore Jehova a bohle bohaleng ba hae bo tukang+ ’me a le fe mohau ’me ka sebele a le bontše mohau+ ’me a le atise, feela joalokaha a hlapanyelitse baholo-holo ba lōna.+ 18 Etsoe le lokela ho mamela lentsoe la Jehova Molimo oa lōna ka ho boloka litaelo+ tsohle tsa hae tseo ke le laelang tsona kajeno, e le hore le etse se nepahetseng mahlong a Jehova Molimo oa lōna.+
14 “Le bara ba Jehova Molimo oa lōna.+ Le se ke la itšeha+ kapa la ipeola+ liphatla bakeng sa ea shoeleng. 2 Etsoe le sechaba se halalelang+ ho Jehova Molimo oa lōna, ’me Jehova o le khethile hore le be sechaba sa hae, thepa e khethehileng,+ har’a lichaba tsohle tse holim ’a lefatše.
3 “Le se ke la ja ntho e manyala ea mofuta leha e le ofe.+ 4 Ona ke mofuta oa phoofolo eo le ka e jang:+ poho, nku le pōli, 5 khama e tona le tšephe le letsa+ le pōli e hlaha le hloaele le nku e hlaha le phuthi; 6 le phoofolo e ’ngoe le e ’ngoe e nang le khōla e arohaneng le e nang le lepetso likhōleng tse peli, e busolosang har’a liphoofolo.+ Eona le ka e ja. 7 Feela le se ke la ja mofuta ona har’a tse busolosang kapa tse nang le khōla e arohaneng, e nang le lepetso: kamele+ le ’mutla+ le pela,+ hobane lia busolosa empa ha li na khōla e arohaneng. Ha lia hloeka bakeng sa lōna. 8 Le kolobe,+ hobane e na le khōla e arohaneng empa ha e busolose. Ha ea hloeka bakeng sa lōna. Le se ke la ja nama leha e le efe ea tsona, ’me le se ke la ama litopo tsa tsona.+
9 “Le ka ja mofuta ona oa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e metsing: Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e nang le mapheoana a ho sesa le makhakhapha le ka e ja.+ 10 Le se ke la ja ntho e ’ngoe le e ’ngoe e se nang mapheoana a ho sesa le makhakhapha.+ Ha ea hloeka bakeng sa lōna.
11 “Le ka ja nonyana leha e le efe e hloekileng. 12 Empa tsena ke tseo le ke keng la li ja: ntsu le phakoe e jang litlhapi le lenong le letšo,+ 13 le ’mankholi e mofubelu le ’mankholi e motšo+ le seitlhoaeleli ho ea ka mofuta oa sona; 14 le lekhoaba+ le leng le le leng ho ea ka mofuta oa lona; 15 le mpshe+ le sephooko le letata le jang nama le phakoe ho ea ka mofuta oa eona; 16 sephooko se senyenyane le makhohlo+ le khantši, 17 le letata le jang litlhapi+ le lenong le seinoli, 18 le mokotatsie le kokolofitoe ho ea ka mofuta oa eona, le popopo le ’mankhane.+ 19 Sebōpuoa se seng le se seng se nyekenyehang se nang le mapheo ha sea hloeka bakeng sa lōna.+ Ha lia lokela ho jeoa. 20 Le ka ja sebōpuoa leha e le sefe se hloekileng se fofang.
21 “Le se ke la ja ntho leha e le efe e seng e shoele.+ Le ka e fa mojaki ea ka har’a liheke tsa lōna, ’me a e je; kapa e ka rekisetsoa osele, hobane le sechaba se halalelang ho Jehova Molimo oa lōna.
“Le se ke la pheha potsanyane ka lebese la ’m ’a eona.+
22 “Ruri le lokela ho fana ka karolo ea leshome ea lihlahisoa tsohle tsa peō ea lōna, tse tsoang masimong selemo le selemo.+ 23 Ka pel’a Jehova Molimo oa lōna, sebakeng seo a tla khetha hore lebitso la hae le lule ho sona, le jelle karolo ea leshome ea lijo-thollo tsa lōna,+ veine ea lōna e ncha le oli ea lōna le matsibolo a mohlape oa lōna oa liphoofolo tse khōlō le a mohlape oa lōna oa likhutšoane;+ e le hore le ithute ho tšaba Jehova Molimo oa lōna kamehla.+
24 “Joale haeba leeto le le lelelele haholo bakeng sa lōna,+ kahobane le sa khone ho le phetha, kaha sebaka seo Jehova Molimo oa lōna a tla khetha ho beha lebitso+ la hae ho sona se tla ba hōle haholo bakeng sa lōna, (hobane Jehova Molimo oa lōna o tla le hlohonolofatsa,)+ 25 joale le li fetole chelete, ’me le fupare chelete eo matsohong ’me le ee sebakeng seo Jehova Molimo oa lōna a tla se khetha. 26 Le fane ka chelete bakeng sa eng kapa eng eo moea oa lōna o e lakatsang+ e leng likhomo le linku le lipōli le veine le joala bo tahang+ le ntho leha e le efe eo meea ea lōna e ka e batlang ho lōna; ’me le li jelle moo ka pel’a Jehova Molimo oa lōna ’me le thabe,+ lōna le malapa a lōna. 27 Molevi ea ka har’a liheke tsa lōna, le se ke la mo tlohela,+ etsoe ha a na kabelo kapa lefa hammoho le lōna.+
28 “Bofelong ba lilemo tse tharo le tla tlisa karolo eohle ea leshome ea lihlahisoa tsa lōna selemong seo,+ ’me le e behe ka har’a liheke tsa lōna. 29 Molevi,+ kahobane a se na kabelo kapa lefa hammoho le lōna, le mojaki+ le moshanyana ea se nang ntate le mohlolohali,+ ba ka har’a liheke tsa lōna, ba tle, ’me ba je ba ikhotsofatse; e le hore Jehova Molimo oa lōna a ka le hlohonolofatsa+ mosebetsing+ o mong le o mong oo matsoho a lōna a tla o etsa.
15 “Qetellong ea lilemo tse ling le tse ling tse supileng le lokela ho etsa tokollo. 2 Ona ke mokhoa oa tokollo:+ e mong le e mong ea kolotoang o tla lokolla molato oo a lumeletseng oa habo hore a itlame ka oona. Ha aa lokela ho hatella hore oa habo kapa mor’abo a lefe,+ hobane ho tla phatlalatsoa tokollo ho Jehova.+ 3 U ka hatella osele+ hore a lefe; empa eng kapa eng ea hao e ho mor’eno letsoho la hao le ke le e lokolle. 4 Leha ho le joalo, ho se ke ha e-ba le ea mong ea tla futsaneha har’a lōna, hobane ruri Jehova o tla le hlohonolofatsa+ naheng eo Jehova Molimo oa lōna a le fang eona e le lefa hore le e rue,+ 5 haeba feela ruri le mamela lentsoe la Jehova Molimo oa lōna e le hore le ele hloko ho phetha litaelo tsena tsohle tseo ke le laelang tsona kajeno.+ 6 Etsoe ruri Jehova Molimo oa lōna o tla le hlohonolofatsa feela joalokaha a le tšepisitse, ’me ka sebele le tla alima+ lichaba tse ngata ka tebeletso, le hoja lōna le ke ke la alima; le tla laola lichaba tse ngata, le hoja tsona li ke ke tsa le laola.+
7 “Haeba e mong oa barab’abo lōna a futsaneha har’a lōna ho o mong oa metse ea lōna, naheng eo Jehova Molimo oa lōna a le fang eona, le se ke la thatafatsa lipelo tsa lōna kapa la ba lekhonatha ho mor’abo lōna oa mofutsana.+ 8 Etsoe ka seatla se bulehileng le lokela ho mo fuparollela liatla tsa lōna+ ’me le mo alime ka tebeletso ka hohle kamoo a hlokang kateng, e leng seo a haelloang ke sona. 9 Itebeleng esere lentsoe le nyelisehang la e-ba lipelong+ tsa lōna, le reng, ‘Selemo sa bosupa, selemo sa tokollo, se atametse,’+ ’me ruri mahlo a lōna ea e-ba a sa faneng ka seatla se bulehileng ho mor’abo lōna oa mofutsana,+ eaba ha le mo fe letho, ’me a lokela ho hoeletsa ho Jehova khahlanong le lōna,+ ’me ea e-ba sebe bakeng sa lōna.+ 10 Ruri le lokela ho mo fa,+ ’me lipelo tsa lōna ha lia lokela ho ba lekhonatha ha le mo fa, hobane ke ka lebaka lena Jehova Molimo oa lōna a tlang ho le hlohonolofatsa ketsong e ’ngoe le e ’ngoe ea lōna le mosebetsing o mong le o mong oa lōna.+ 11 Etsoe ha ho mohla mofutsana a tla ba sieo har’a naha.+ Ke ka lebaka leo ke le laelang, ke re, ‘Ka seatla se bulehileng le fuparolle liatla tsa lōna bakeng sa mor’abo lōna ea hlorisoang le ea futsanehileng naheng ea habo lōna.’+
12 “Haeba le ka rekisetsoa mor’abo lōna, monna oa Moheberu kapa mosali oa Moheberu,+ ’me a le sebelelitse ka lilemo tse tšeletseng, joale ka selemo sa bosupa le lokela ho mo tlosa ho lōna joaloka ea lokolotsoeng.+ 13 Haeba le ka mo tlosa ho lōna joaloka ea lokolotsoeng, le se ke la mo tsamaisa a sa nka letho.+ 14 Le lokela ho mo hlomella ka ho hong mohlapeng oa lōna le seotlong sa lōna le sehatelong sa lōna sa oli le sa veine. Feela joalokaha Jehova Molimo oa lōna a le hlohonolofalitse, le mo fe.+ 15 Le hopole hore le bile makhoba naheng ea Egepeta ’me Jehova Molimo oa lōna a le lopolla.+ Ke ka lebaka leo ke le laelang sena kajeno.
16 “Haeba a re ho uena, ‘Nke ke ka tloha sehlopheng sa hao!’ kahobane a rata uena le ba ntlo ea hao, kaha lintho li ne li mo tsamaela hantle ha a ntse a e-na le uena,+ 17 u nke elese ’me u mo phunye tsebe ka eona ’me e hlahelle lemating, ’me e tla ba lekhoba la hao ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ Le lekhabunyane la hao u lokela ho le etsa ka tsela ena. 18 Ha ea lokela ho ba ntho e thata mahlong a hao ha u mo tlosa sehlopheng sa hao joaloka ea lokolotsoeng;+ hobane o u sebelelitse ka lilemo tse tšeletseng ka chelete e mennoeng habeli ea mosebetsi ea hiriloeng,+ ’me Jehova Molimo oa hao o u hlohonolofalitse nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo u e etsang.+
19 “Letsibolo le leng le le leng le letona le tlang ho tsoaloa mohlapeng oa hao oa liphoofolo tse khōlō le mohlapeng oa hao oa likhutšoane u le halaletse ho Jehova Molimo oa hao.+ U se ke ua etsa mosebetsi ka letsibolo la poho ea hao, kapa ua kuta letsibolo mohlapeng oa hao oa likhutšoane.+ 20 U lokela ho le jella ka pel’a Jehova Molimo oa hao selemo le selemo sebakeng seo Jehova a tla se khetha,+ uena le ba ntlo ea hao. 21 Haeba le e-na le sekoli, le holofetse kapa le foufetse, sekoli leha e le sefe se sebe, u se ke ua etsetsa Jehova Molimo oa hao sehlabelo ka lona.+ 22 U lokela ho le jella ka har’a liheke tsa hao, le sa hloekang hammoho+ le le hloekileng, joaloka tšephe le joaloka khama e tona.+ 23 Feela mali a lona u se ke ua a ja.+ U lokela ho a tšollela fatše joaloka metsi.+
16 “Ho bolokoe khoeli ea Abibe,+ ’me u etsetse Jehova Molimo oa hao mokete oa paseka,+ hobane Jehova Molimo oa hao o ile a u ntša Egepeta bosiu ka khoeli ea Abibe.+ 2 U etsetse Jehova Molimo oa hao sehlabelo sa paseka,+ mohlapeng oa likhutšoane le mohlapeng oa liphoofolo tse khōlō,+ sebakeng seo Jehova a tla khetha hore lebitso la hae le lule ho sona.+ 3 U se ke ua se jelella le ntho e lomositsoeng ka matsatsi a supileng.+ U lokela ho se jelella le mahobe a sa lomosoang, bohobe ba mahloreho, kahobane u tsoile ka potlako naheng ea Egepeta,+ hore ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hao u hopole letsatsi leo u tsoileng naheng ea Egepeta ka lona.+ 4 Ho se ke ha bonoa hlama e bolila ho uena sebakeng sohle sa heno ka matsatsi a supileng,+ kapa hona hore nama leha e le efe, eo u tla e etsa sehlabelo ka shoalane letsatsing la pele, e hlole bosiu bohle ho fihlela hoseng.+ 5 U ke ke ua lumelloa ho etsa sehlabelo sa paseka metseng leha e le efe ea heno eo Jehova Molimo oa hao a u fang eona. 6 Empa sebakeng seo Jehova Molimo oa hao a tla khetha hore lebitso la hae le be ho sona,+ u lokela ho etsa sehlabelo sa paseka ka shoalane hang ha letsatsi le likela,+ ka nako e behiloeng ea ha u tsoa Egepeta. 7 U phehe u be u jelle+ sebakeng seo Jehova Molimo oa hao a tla se khetha,+ ’me hoseng u retelehe u ee litenteng tsa hao. 8 U lokela ho ja mahobe a sa lomosoang ka matsatsi a tšeletseng; ka letsatsi la bosupa ho tla ba le seboka se hlomphehang sa Jehova Molimo oa hao.+ U se ke ua etsa mosebetsi leha e le ofe.
9 “U lokela ho ipalla libeke tse supileng. U qale ho bala libeke tse supileng ho tloha ha sekele e qala ho kenngoa lijo-thollong tse ntseng li le mahlakeng.+ 10 Joale u keteke mokete oa libeke oa Jehova Molimo oa hao,+ ho ea ka nyehelo ea boithaopo ea letsoho la hao eo u tla fana ka eona, feela kamoo Jehova Molimo oa hao a ka u hlohonolofatsang kateng.+ 11 U thabe ka pel’a Jehova Molimo oa hao,+ uena le mora oa hao le morali oa hao le lekhoba la hao le lekhabunyane la hao le Molevi ea ka har’a liheke tsa hao le mojaki+ le moshanyana ea se nang ntate+ le mohlolohali,+ ba leng har’a lōna, sebakeng seo Jehova Molimo oa hao a tla khetha hore lebitso la hae le lule ho sona.+ 12 U hopole hore u bile lekhoba Egepeta,+ ’me u boloke le ho phetha melao ena ea tsamaiso.+
13 “U lokela ho keteka mekete ea maphephe+ bakeng sa hao ka matsatsi a supileng ha u bokella seotlong sa hao le sehatelong sa hao sa oli le sa veine. 14 U thabe nakong ea mokete oa hao,+ uena le mora oa hao le morali oa hao le lekhoba la hao le lekhabunyane la hao le Molevi le mojaki le moshanyana ea se nang ntate le mohlolohali, ba leng ka har’a liheke tsa hao. 15 U tla keteka mokete+ oa Jehova Molimo oa hao ka matsatsi a supileng sebakeng seo Jehova a tla se khetha, hobane Jehova Molimo oa hao o tla u hlohonolofatsa+ lihlahisoeng tsohle tsa hao le mosebetsing o mong le o mong oa letsoho la hao, ’me u thabe feela.+
16 “Hararo ka selemo e mong le e mong e motona ho uena o lokela ho hlaha ka pel’a Jehova Molimo oa hao sebakeng seo a tla se khetha:+ moketeng oa mahobe a sa lomosoang+ le moketeng oa libeke+ le moketeng oa maphephe,+ ’me ho se ke ha e-ba le ea mong ea hlahang ka pel’a Jehova a sa nka letho.+ 17 Mpho ea letsoho la e mong le e mong e lokela ho lekana le tlhohonolofatso eo Jehova Molimo oa hao a u fileng eona.+
18 “U lokela ho ipehela baahloli+ le balaoli+ ka har’a liheke tseo Jehova Molimo oa hao a u fang tsona ka meloko ea hao, ’me ba ahlole sechaba ka kahlolo e lokileng. 19 U se ke ua khopamisa kahlolo.+ U se ke ua ba leeme+ kapa ua amohela tjotjo, etsoe tjotjo e foufatsa mahlo a ba bohlale+ ’me e khopamisa mantsoe a ba lokileng. 20 Toka—toka u lokela ho e phehella,+ e le hore u tsoele pele u phela ’me ruri u rue naha eo Jehova Molimo oa hao a u fang eona.+
21 “U se ke ua itemela sefate sa mofuta leha e le ofe e le palo e halalelang haufi le aletare ea Jehova Molimo oa hao eo u tla iketsetsa eona.+
22 “Hape u se ke ua itlhomela tšiea e halalelang,+ e leng ntho eo Jehova Molimo oa hao a e hloileng.+
17 “U se ke ua etsetsa Jehova Molimo oa hao sehlabelo ka poho kapa nku e nang le sekoli, ntho leha e le efe e mpe; hobane ke ntho e manyala ho Jehova Molimo oa hao.+
2 “Haeba har’a lōna ho e meng ea metse ea lōna eo Jehova Molimo oa lōna a le fang eona ho ka fumanoa monna kapa mosali ea tloaetseng ho etsa se sebe mahlong a Jehova Molimo oa lōna hoo a tlōlang selekane sa hae,+ 3 a tsamaea ’me a rapela melimo e meng ’me a e inamela kapa a inamela letsatsi kapa khoeli kapa makhotla ’ohle a maholimo,+ e leng ntho eo ke sa e laelang,+ 4 ’me le boleletsoe ka eona ’me le utloile ka eona ’me le e batlisisitse, ’me bonang! ntho eo e tiisitsoe hore ke ’nete,+ ntho ena e manyala e entsoe Iseraele! 5 le ntšetse monna eo kapa mosali ea entseng ntho ena e mpe ka ntle lihekeng tsa lōna, e, monna kapa mosali, ’me le mo tlepetse ka majoe, a shoe.+ 6 Ea shoang o tla bolaoa ka melomo ea lipaki tse peli kapa ea lipaki tse tharo.+ A ke ke a bolaoa ka molomo oa paki e le ’ngoe.+ 7 Matsoho a lipaki a tla ba holim ’a hae pele bakeng sa ho mo bolaea, ’me ka mor’a moo e be matsoho a sechaba sohle;+ le tlose se sebe har’a lōna.+
8 “Haeba taba ea qeto ea boahloli e ka ba e sa tloaelehang haholo bakeng sa lōna,+ eo ho eona ho tšolotsoeng mali,+ eo ho eona ho hlahisitsoeng tseko ea molao,+ kapa ho entsoe ketso e mabifi, e le litaba tseo ho tsekisanoang ka tsona,+ ka har’a liheke tsa lōna, le eme ’me le nyolohele sebakeng seo Jehova Molimo oa lōna a tla se khetha,+ 9 le ee ho baprista,+ Balevi, le ho moahloli+ ea tla beng a sebetsa matsatsing ao, le botse, ’me ba fetisetse lentsoe la qeto ea boahloli ho lōna.+ 10 Joale le etse tumellanong le lentsoe leo ba tla le fetisetsa ho lōna sebakeng seo Jehova a tla se khetha; ’me le ele hloko ho etsa ho ea ka sohle seo ba le laelang sona. 11 Le lokela ho etsa tumellanong le molao oo ba tla le bontša oona, le tumellanong le qeto ea boahloli eo ba tla le bolella eona.+ Le se ke la kheloha lentsoe leo ba tla le fetisetsa ho lōna, ho ea ka ho le letona kapa ho ea ka ho le letšehali.+ 12 Motho ea tla iketelletsa pele ka ho se mamele moprista ea emeng ho sebeletsa Jehova Molimo oa lōna teng kapa ho moahloli,+ motho eo o tla shoa;+ ’me le tlose se sebe Iseraele.+ 13 Sechaba sohle se tla utloa ’me se tšohe,+ ’me ha se sa tla hlola se iketelletsa pele.
14 “Qetellong ha u fihla naheng eo Jehova Molimo oa hao a u fang eona, ’me u se u e ruile le ho lula ho eona,+ ’me u itse, ‘A nke ke ipehele morena joaloka lichaba tsohle tse mpotolohileng’;+ 15 ruri u lokela ho ipehela morena eo Jehova Molimo oa hao a tla mo khetha.+ U behe morena ea tsoang har’a barab’eno. U ke ke ua lumelloa ho beha osele eo e seng mor’eno. 16 Feela ha aa lokela ho ikekeletsa lipere,+ leha e le ho khutlisetsa sechaba Egepeta bakeng sa ho eketsa lipere;+ athe Jehova o itse ho lōna, ‘Le ka mohla le se ke la boela la khutla ka tsela ena.’ 17 Hape a se ke a ikekeletsa basali, hore pelo ea hae e se ke ea kheloha;+ kapa a ikekeletsa silevera le khauta ka bongata.+ 18 Ha a lula teroneng ea ’muso oa hae, a ingolle bukeng kopi ea molao ona ho tsoa ho e leng taolong ea baprista, Balevi.+
19 “E tla lula ho eena, ’me a e bale ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hae,+ e le hore a ka ithuta ho tšaba Jehova Molimo oa hae hore a tle a boloke mantsoe ’ohle a molao ona le melao ena ea tsamaiso ka ho e phetha;+ 20 e le hore pelo ea hae e se ke ea iphahamisetsa barab’abo+ le hore a se ke a kheloha taelo ho ea ka ho le letona kapa ho ea ka ho le letšehali,+ e le hore a ka lelefatsa matsatsi a hae ’musong oa hae,+ eena le bara ba hae har’a Iseraele.
18 “Ho se ke ha e-ba le kabelo kapa lefa la Iseraele leo e bang la baprista, Balevi, moloko oohle oa Levi.+ Ba tla ja linyehelo tsa Jehova tse entsoeng ka mollo, lefa la hae.+ 2 Kahoo ho se ke ha e-ba le lefa leo e bang la hae har’a barab’abo. Jehova ke lefa la hae,+ feela joalokaha a buile le eena.
3 “Joale sena se lokela ho tsoela pele e le tokelo e loketseng ea baprista e tsoang ho sechaba, e tsoang ho ba etsang phofu sehlabelo, ebang ke poho kapa nku: Motho a fe moprista sephaka le mehlahare le moholu. 4 Le lokela ho mo fa tsa pele lijo-thollong tsa lōna, veineng ea lōna e ncha le oling ea lōna le boea ba pele bo kutiloeng mohlapeng oa lōna.+ 5 Etsoe ke eena eo Jehova Molimo oa lōna a mo khethileng melokong eohle hore a eme bakeng sa ho sebeletsa lebitsong la Jehova, eena le bara ba hae, kamehla.+
6 “Haeba Molevi a tloha ho o mong oa metse ea Baiseraele bohle, moo a neng a lutse teng ka nakoana,+ ’me a tla sebakeng seo Jehova a tla se khetha+ ka lebaka la takatso leha e le efe ea moea oa hae, 7 o tla sebeletsa lebitsong la Jehova Molimo oa hae joaloka barab’abo bohle, Balevi, ba emeng moo ka pel’a Jehova.+ 8 O lokela ho ja karolo e lekanang,+ ntle ho seo a se fumanang ho lintho tseo a li rekisang thepeng ea baholo-holo ba hae.
9 “Ha le se le kene naheng eo Jehova Molimo oa lōna a le fang eona, le se ke la ithuta ho etsa ho ea ka lintho tse manyala tsa lichaba tseo.+ 10 Ho lōna ha hoa lokela hore ho fumanoe leha e le mang ea fetisang mora oa hae kapa morali oa hae mollong,+ leha e le mang ea sebelisang bonohe,+ ea sebelisang boselamose+ kapa leha e le mang ea batlang lipontšo+ tsa se tlang kapa moloi,+ 11 kapa ea betsang ba bang ka mantsoe a boloi+ kapa leha e le mang ea batlang keletso ho ea buisanang le meea+ kapa setsebi se bolelang liketsahalo esale pele+ kapa leha e le mang ea botsang bafu.+ 12 Etsoe e mong le e mong ea etsang lintho tsena ke ntho e manyala ho Jehova, ’me ka lebaka la lintho tsena tse manyala Jehova Molimo oa lōna o ba lelekela hōle le lōna.+ 13 Le lokela ho hloka molato ho Jehova Molimo oa lōna.+
14 “Etsoe lichaba tsena tseo le li lelekang li ne li mamela ba sebelisang boselamose+ le ba nohang;+ empa ha e le lōna, Jehova Molimo oa lōna ha aa le fa ntho e tjena.+ 15 Jehova Molimo oa lōna o tla le hlahisetsa moprofeta har’a lōna, ho barab’abo lōna, ea tšoanang le ’na—le lokela ho mo mamela+— 16 e le ho arabela sohle seo u se kōpileng ho Jehova Molimo oa hao Horebe letsatsing la phutheho,+ ua re, ‘Ke se ke ka hlola ke utloa lentsoe la Jehova Molimo oa ka, ’me ke se ke ka hlola ke bona mollo ona o moholo, hore ke se ke ka shoa.’+ 17 Eaba Jehova o re ho ’na, ‘Ba entse hantle ka ho bua seo ba se buileng.+ 18 Ke tla ba hlahisetsa moprofeta har’a barab’abo bona, ea tšoanang le uena;+ ruri ke tla beha mantsoe a ka molomong oa hae,+ ’me ka sebele o tla ba bolella sohle seo ke tla mo laela sona.+ 19 Motho ea sa mameleng mantsoe a ka ao a tla a bua ka lebitso la ka, ke tla batla hore a ikarabelle.+
20 “‘Leha ho le joalo, moprofeta ea iketelletsang pele ho bua ka lebitso la ka lentsoe leo ke sa mo laelang hore a le bue+ kapa ea buang ka lebitso la melimo e meng,+ moprofeta eo o tla shoa.+ 21 Haeba le re ka lipelong tsa lōna: “Re tla tseba joang lentsoe leo Jehova a sa le buang?”+ 22 ha moprofeta a bua ka lebitso la Jehova ’me lentsoe leo le sa etsahale kapa le sa phethahale, ke lentsoe leo Jehova a sa le buang. Moprofeta eo o le buile ka ho iketelletsa pele.+ U se ke ua mo tšaba.’+
19 “Ha Jehova Molimo oa hao a felisa lichaba+ tseo Jehova Molimo oa hao a u fang naha ea tsona, ’me u li lelekile ’me u lutse metseng ea tsona le matlong+ a tsona, 2 u tla ipehela metse e meraro ka thōko naheng eo Jehova Molimo oa hao a u fang eona hore u e rue.+ 3 U tla itokisetsa tsela, ’me u arole sebaka sa naha ea hao eo Jehova Molimo oa hao a u fileng eona hore u e rue hore e be likarolo tse tharo, ’me e tla ba bakeng sa hore ’molai leha e le ofe a balehele teng.+
4 “Joale ena ke taba ea ’molai ea ka balehelang teng ebe o lokela ho phela: Ha a bolaea oa habo a sa tsebe ’me a ne a sa mo hloea pele;+ 5 kapa ha a e-ea le oa habo morung ho ea roalla patsi, ’me a phahamisitse letsoho bakeng sa ho rema sefate ka selepe, eaba tšepe e pshemoha ho mofeng oa lehong,+ ’me e otla oa habo eaba oa shoa, o tla balehela ho o mong oa metse ena ’me o tla phela.+ 6 Ho seng joalo, mopheteletsi+ oa mali, kahobane pelo ea hae e tuka ke bohale, a ka lelekisa ’molai ’me a mo fihlela, kaha tsela e telele; ’me ka sebele a ka bolaea moea oa hae, athe ha ho kahlolo ea lefu+ bakeng sa hae, hobane o ne a sa mo hloea pele. 7 Ke ka lebaka leo ke u laelang, ke re, ‘U tla ipehela metse e meraro ka thōko.’+
8 “Haeba Jehova Molimo oa hao a atolosa sebaka sa hao ho ea ka seo a hlapanyelitseng baholo-holo ba hao ka sona,+ ’me a u file naha eohle eo a tšepisitseng hore o tla e fa baholo-holo ba hao,+ 9 kahobane u tla boloka taelo ena eohle eo ke u laelang eona kajeno ka ho e phetha, hore u rate Jehova Molimo oa hao le ho tsamaea litseleng tsa hae kamehla,+ joale u ikekeletse metse e meng e meraro ho phaella ho ena e meraro,+ 10 e le hore ho se ke ha tšolloa mali a hlokang molato+ naheng ea heno eo Jehova Molimo oa hao a u fang eona e le lefa, ’me u se ke ua ba le molato oa mali.+
11 “Empa haeba ho e-ba le motho ea hloileng+ oa habo, ’me a mo laletse eaba o mo tsohela matla ’me o bolaea moea oa hae eaba oa shoa,+ ’me motho eo a balehetse ho e meng ea metse ena, 12 joale banna ba baholo ba motse oa habo ba romeletse ’me ba mo nke moo, ’me ba nehelane ka eena letsohong la mopheteletsi oa mali, ’me a shoe.+ 13 Leihlo la hao ha lea lokela ho mo utloela bohloko,+ ’me u tlose molato oa mali a hlokang molato Iseraele,+ hore u fumane molemo.
14 “U se ke ua chechisa matšoao a moeli a oa heno,+ ha baholo-holo ba sehile meeli lefeng la hao leo u tlang ho le rua naheng eo Jehova Molimo oa hao a u fang eona hore u e rue.
15 “Ho se ke ha ema paki le e ’ngoe khahlanong le motho mabapi le phoso leha e le efe kapa sebe leha e le sefe,+ tabeng ea sebe leha e le sefe seo a ka se etsang. Taba e lokela ho tiisoa ka melomo ea lipaki tse peli kapa ka melomo ea lipaki tse tharo.+ 16 Haeba paki e rerang pefo e ka ema khahlanong le motho ho tlisa qoso ea bofetoheli khahlanong le eena,+ 17 batho ba babeli ba nang le tsekisano le bona ba eme ka pel’a Jehova, ka pel’a baprista le baahloli ba tla beng ba sebetsa matsatsing ao.+ 18 Baahloli ba tla batlisisa,+ ’me haeba paki eo e le paki ea bohata ’me e qositse mor’abo eona ka bohata, 19 le e etse feela joalokaha e ne e rerile ho etsa ho mor’abo+ eona, ’me le tlose se sebe har’a lōna.+ 20 Kahoo ba setseng ba tla utloa ’me ba tšabe, ’me le ka mohla ha ba sa tla etsa ntho leha e le efe e mpe joaloka ena har’a lōna.+ 21 Leihlo la hao ha lea lokela ho utloela bohloko:+ moea o tla ba bakeng sa moea, leihlo bakeng sa leihlo, leino bakeng sa leino, letsoho bakeng sa letsoho, leoto bakeng sa leoto.+
20 “Haeba u il’o loantša lira tsa hao ’me u bona lipere le likoloi tsa ntoa,+ sechaba se sengata ho u feta, u se ke ua se tšaba; etsoe Jehova Molimo oa hao ea u ntšitseng naheng ea Egepeta,+ o na le uena.+ 2 Etlare ha le se le atametse ntoeng, moprista le eena o tla atamela ’me a bue le sechaba.+ 3 O tla re ho sona, ‘Utloang, Lōna Baiseraele, kajeno le atamela ntoeng khahlanong le lira tsa lōna. Lipelo tsa lōna li se ke tsa tšoha.+ Le se ke la tšaba ’me la matha le tšohile kapa la tlakasela ka lebaka la tsona,+ 4 kaha Jehova Molimo oa lōna o tsamaea le lōna ho le loanela ho lira tsa lōna e le hore a le pholose.’+
5 “Le balaoli+ ba bue le sechaba, ba re, ‘Ke monna ofe ea hahileng ntlo e ncha ’me a e-s’o e khakole? A ke a khutlele ntlong ea hae, esere a shoela ntoeng ’me ea khakoloa ke monna e mong.+ 6 Ke monna ofe ea lemmeng serapa sa morara ’me a e-s’o qale ho se sebelisa? A ke a khutlele ntlong ea hae, esere a shoela ntoeng ’me monna e mong a qala ho se sebelisa.+ 7 Ke monna ofe ea lebelelitseng mosali ’me a e-s’o mo nke? A ke a khutlele ntlong+ ea hae, esere a shoela ntoeng ’me a nkoa ke monna e mong.’ 8 Balaoli ba bue le sechaba hape ’me ba re, ‘Ke monna ofe ea tletseng tšabo le ea boi?+ A ke a khutlele ntlong ea hae, e le hore a se ke a nyahamisa barab’abo lipelo joalokaha pelo ea hae e nyahame.’+ 9 Etlare ha balaoli ba qetile ho bua le sechaba, ba tla khetha balaoli ba mabotho ba eteletseng sechaba pele.
10 “Haeba u atamela motse bakeng sa ho o loantša, u o tsebise se hlokahalang bakeng sa khotso.+ 11 Etlare haeba o u araba ka khotso ’me o u bulela, batho bohle ba fumanoang ka har’a oona e tla ba ba hao bakeng sa ho etsa mosebetsi o qobelloang, ’me ba tla u sebeletsa.+ 12 Empa haeba o sa etse khotso le uena,+ ’me o u loantša ’me u lokela ho o lika-liketsa, 13 ka sebele Jehova Molimo oa hao o tla boela a nehelane ka oona letsohong la hao, ’me u tla bolaea e mong le e mong e motona ho oona ka bohale ba sabole.+ 14 Ke basali feela le bana ba banyenyane+ le liphoofolo tse ruuoang+ le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e motseng, thepa eohle e hapuoeng ho oona eo u tla itlatlapela eona;+ ’me u tla ja thepa e hapuoeng ea lira tsa hao, tseo Jehova Molimo oa hao a u fileng tsona.+
15 “Ke tsela eo u tla etsa ka eona metseng eohle e hōle haholo le uena eo e seng metse ea lichaba tsena. 16 Ke feela metseng ea lichaba tsena eo Jehova Molimo oa hao a u fang eona e le lefa moo u ke keng ua boloka ntho leha e le efe e phefumolohang e phela,+ 17 hobane ruri u lokela ho e nehela timetso, Bahethe le Baamore, Bakanana le Bapereze, Baheve le Bajebuse,+ feela joalokaha Jehova Molimo oa hao a u laetse; 18 e le hore ba se ke ba le ruta ho etsa ho ea ka lintho tsohle tsa bona tse manyala, tseo ba li etselitseng melimo ea bona, ’me la siteloa Jehova Molimo oa lōna.+
19 “Haeba le thibella motse ka matsatsi a mangata ka ho o loantša hore le o hape, le se ke la senya lifate tsa oona ka ho sebelisa selepe ho tsona; etsoe le lokela ho ja tsa tsona, le se ke la li rema,+ etsoe na sefate sa naha ke motho hore le se lika-liketse? 20 Ke feela sefate seo le tsebang hore hase sefate se jeoang, seo le tla se senya, le se reme ’me le hahe lintho tse thibellang+ motse o le loantšang, ho fihlela o oa.
21 “Haeba e mong a fumanoa a bolailoe naheng eo Jehova Molimo oa hao a u fang eona hore u e rue, a oele naheng, ’me ho sa tsebahale hore na o bolailoe ke mang,+ 2 banna ba baholo ba heno le baahloli+ ba heno le bona ba tla tsoa ’me ba lekanye metse e pota-potileng ea bolailoeng; 3 ’me e tla ba motse o haufi le ea bolailoeng. Banna ba baholo ba motse oo ba nke mohlapeng khomo e nyenyane eo ho sa sebetsoang ka eona, e sa kang ea hula joko; 4 ’me banna ba baholo ba motse oo ba theolele khomo e nyenyane phuleng ea molapo o phoroselang e phallang metsi eo ka tloaelo e sa lengoeng kapa ho sa jaloeng peō ho eona, ’me ba robe khomo eo e nyenyane molala hona moo phuleng ea molapo o phoroselang.+
5 “Baprista bara ba Levi ba atamele, kahobane ke bona bao Jehova Molimo oa hao a ba khethileng hore ba mo sebeletse+ le ho etsa poko+ ka lebitso la Jehova le bao ka melomo ea bona tsekisano e ’ngoe le e ’ngoe ka lebaka la ketso e ’ngoe le e ’ngoe e mabifi e tlang ho rarolloa.+ 6 Joale banna bohle ba baholo ba motse oo ba leng haufi le ea bolailoeng ba tla hlapela matsoho+ holim ’a khomo eo e nyenyane, e ileng ea rojoa molala phuleng ea molapo o phoroselang; 7 ba tla araba ba re, ‘Matsoho a rōna ha aa ka a tšolla mali ana, kapa hona hore mahlo a rōna a bone ha a tšolloa.+ 8 Jehova, u se ke ua e kenya tlalehong ea sechaba sa hao sa Iseraele, seo u se lopolotseng,+ ’me u se ke ua beha molato oa mali a hlokang molato+ har’a sechaba sa hao sa Iseraele.’ Molato oa mali o se ke oa kenngoa tlalehong ea sona. 9 Uena—u tla tlosa molato oa mali a hlokang molato har’a lōna,+ kahobane u tla etsa se nepahetseng mahlong a Jehova.+
10 “Haeba u il’o loantša lira tsa hao ’me Jehova Molimo oa hao a nehelane ka tsona letsohong+ la hao ’me u li isitse kholehong;+ 11 ’me har’a batho ba isoang kholehong u bone mosali ea sebōpeho se setle, u ikamahantse le eena+ ’me u mo nkile hore e be mosali oa hao, 12 joale u mo tlise ka har’a ntlo ea hao. Joale a beole hlooho+ ’me a hlokomele manala a hae, 13 a hlobole seaparo sa hae sa ka holimo sa kholeho ea hae ’me a lule ka tlung ea hao ’me a llele ntat’ae le ’m ’ae khoeli kaofela;+ ka mor’a moo u kopanele liphate le eena, ’me u mo rue joaloka monyaluoa oa hao, ’me e be mosali oa hao. 14 Haeba u sa khahloa ke eena, joale u mo tlohele hore a tsamaee,+ ka mokhoa o lumellanang le moea oa hae; empa ho hang u se ke ua mo rekisa ka chelete. U se ke ua mo tšoara ka mokhoa o hatellang+ ka mor’a hore u mo tlotlolle.
15 “Haeba monna a e-ba le basali ba babeli, e mong a ratoa ’me e mong a hloiloe, ’me ea ratoang le ea hloiloeng, ba mo tsoaletse bara, ’me mora oa letsibolo e le oa ea hloiloeng,+ 16 etlare ka letsatsi leo ka lona a fanang ka seo a nang le sona e le lefa ho bara ba hae, a ke ke a lumelloa ho etsa hore mora oa ea ratoang e be letsibolo ka ho lahleheloa ha mora oa ea hloiloeng, eo e leng letsibolo.+ 17 Etsoe o lokela ho hlokomela hore mora oa ea hloiloeng ke letsibolo ka ho mo fa likarolo tse peli nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo ho fumanoang a e-na le eona,+ hobane eo ke eena tšimoloho ea matla a hae a ho ikatisa.+ Tokelo ea boemo ba letsibolo ke ea hae.+
18 “Haeba motho a e-ba le mora ea manganga le oa lerabele,+ a sa mamele lentsoe la ntat’ae kapa lentsoe la ’m ’ae,+ ’me ba mo khalemetse empa a sa ba mamele,+ 19 ntat’ae le ’m ’ae ba mo tšoare ’me ba mo tlise ho banna ba baholo ba motse oa habo le hekeng ea sebaka sa habo,+ 20 ’me ba re ho banna ba baholo ba motse oa habo, ‘Mora enoa oa rōna o manganga ’me ke lerabele; ha a mamele mantsoe a rōna,+ kaha ke monyollo+ ebile ke letahoa.’+ 21 Joale batho bohle ba motse oa habo ba tla mo tlepetsa ka majoe, ’me o tla shoa. Kahoo u tlose se sebe har’a lōna, ’me Baiseraele bohle ba tla utloa ’me ruri ba tla tšoha.+
22 “Haeba motho a etsa sebe se loketsoeng ke kahlolo ea lefu, ’me a bolailoe,+ ’me u mo fanyehile thupeng,+ 23 setopo sa hae ha sea lokela ho hlola bosiu bohle thupeng;+ empa ruri u mo pate letsatsing lona leo, hobane ea fanyehiloeng ke ntho e rohakiloeng ke Molimo;+ u se ke ua silafatsa naha ea heno, eo Jehova Molimo oa hao a u fang eona e le lefa.+
22 “E se ke eare ha u bona poho ea mor’eno kapa nku ea hae e hlahlathela eaba u e tlohela ka boomo.+ Ruri u lokela ho e khutlisetsa ho mor’eno.+ 2 Haeba mor’eno a se haufi le uena ’me u sa mo tsebe, u e tlise lapeng ntlong ea hao, ’me e tla lula le uena ho fihlela mor’eno a e batlile. ’Me u e khutlisetse ho eena.+ 3 Hape ke tsela eo u tla etsa ka eona ka esele ea hae, ’me ke tsela eo u tla etsa ka eona ka seaparo sa hae sa ka holimo, ’me ke tsela eo u tla etsa ka eona ka ntho leha e le efe ea mor’eno e lahlehileng, e mo lahlehelang eo u e fumaneng. U ke ke ua lumelloa ho e tlohela.
4 “E se ke eare ha u bona esele ea mor’eno kapa poho ea hae e oela tseleng eaba u e tlohela ka boomo. Ruri u mo thuse ho e phahamisa.+
5 “Ha ho seaparo sa monna ea shahlileng se tla apesoa mosali, leha e le hore monna ea shahlileng o lokela ho apara seaparo sa ka holimo sa mosali;+ etsoe mang kapa mang ea etsang lintho tsena ke ntho e manyala ho Jehova Molimo oa hao.
6 “Haeba u tholla sehlaha sa nonyana tseleng ka pel’a hao, se le sefateng leha e le sefe kapa fatše ’me se e-na le malinyane+ kapa mahe, ’me ’m ’a ’ona a fuame malinyane kapa a alame mahe, u se ke ua nka malinyane hammoho le ’m ’a ’ona.+ 7 Ruri u tlohelle ’m ’a ’ona hore a tsamaee, empa u ka inkela malinyane; e le hore lintho li u tsamaele hantle, ’me u lelefatse matsatsi a hao.+
8 “Haeba u haha ntlo e ncha, u etse lehora bakeng sa marulelo a hao,+ e le hore u se ke ua beha molato oa mali ntlong ea hao hobane e mong a ka ’na a oa a le holim ’a eona.
9 “U se ke ua jala serapa sa hao sa morara ka mefuta e ’meli ea peō,+ esere lihlahisoa tse feletseng tsa peō eo u e jalang le lihlahisoa tsa serapa sa morara tsa nkoa hore e be tsa sehalalelo.
10 “U se ke ua lema ka poho le esele hammoho.+
11 “U se ke ua apara ntho e tsoakiloeng ka boea le line hammoho.+
12 “U lokela ho iketsetsa litjellane liqoleng tse ’nè tsa liaparo tsa hao tseo u ikoahelang ka tsona.+
13 “Haeba monna a nka mosali ’me a kopanela liphate le eena ’me a mo hloea,+ 14 ’me a mo qosa ka liketso tse tummeng hampe ’me a mo tlisetsa lebitso+ le lebe a re, ‘Ke nkile mosali enoa, ka mo atamela, ’me ha kea fumana bopaki ba boroetsana ho eena’;+ 15 ntat’a ngoanana le ’m ’ae ba nke bopaki ba boroetsana ba ngoanana ’me ba bo tlise ho banna ba baholo ba motse hekeng ea oona;+ 16 ’me ntat’a ngoanana o tla re ho banna ba baholo, ‘Ke file monna enoa morali oa ka hore e be mosali oa hae, ’me o mo hloile.+ 17 Bonang! o mo qosa ka liketso tse tummeng hampe,+ o re: “Ke fumane hore morali oa hao ha a na bopaki ba boroetsana.”+ Joale bopaki ba boroetsana ba morali oa ka ke bona.’ Ba ale seaparo sa ka holimo ka pel’a banna ba baholo ba motse. 18 Banna ba baholo+ ba motse oo ba tla nka monna eo ’me ba mo laee.+ 19 Ba mo lefise lishekele tse lekholo tsa silevera ’me ba li fe ntat’a ngoanana, kahobane o tliselitse moroetsana oa Iseraele+ lebitso le lebe; ’me o tla tsoela pele ho ba mosali oa hae. A ke ke a lumelloa ho mo hlala ka matsatsi ’ohle a hae.
20 “Leha ho le joalo, haeba ntho ena e le ’nete, bopaki ba boroetsana bo sa fumanoa ho ngoanana,+ 21 ba ntšetse ngoanana monyako oa ntlo ea ntat’ae, ’me banna ba motse oa habo ba mo tlepetse ka majoe, ’me o tla shoa, kahobane o entse booatla bo nyelisehang+ Iseraele ka ho etsa botekatse ka tlung ea ntat’ae.+ Kahoo u tlose se sebe har’a lōna.+
22 “Haeba monna a fumanoa a robetse le mosali ea ruiloeng ke monghali,+ ka bobeli ba tla shoa hammoho, monna ea robetseng le mosali hammoho le eena mosali eo.+ Kahoo u tlose se sebe Iseraele.+
23 “Haeba ho e-ba le ngoanana oa moroetsana ea lebelelitsoeng ke monna,+ ’me monna a mo fumana motseng ’me a robala le eena,+ 24 le ba tlise hekeng ea motse oo ’me le ba tlepetse ka majoe, ’me ba tla shoa, ngoanana kahobane a sa ka a hoeletsa motseng, le monna kahobane a tlotlolotse mosali oa oa habo.+ Kahoo u tlose se sebe har’a lōna.+
25 “Leha ho le joalo, haeba monna a fumane ngoanana ea lebelelitsoeng a le tšimong, eaba monna eo oa mo tšoara ’me o robala le eena, monna ea robetseng le eena o tla shoa a le mong, 26 ’me u se ke ua etsa ngoanana eo letho. Ngoanana eo ha a na sebe se lokeloang ke lefu, hobane feela joalokaha monna a tsohela oa habo matla ’me a mo bolaea,+ a bolaea moea, ho joalo le tabeng ena. 27 Etsoe o mo fumane tšimong. Ngoanana ea lebelelitsoeng o ile a hoeletsa, empa ho ne ho se ea mo pholosang.
28 “Haeba monna a fumana ngoanana, moroetsana ea sa lebeletsoang, ’me a mo nka a robala le eena,+ ’me ba fumanoa,+ 29 monna ea robetseng le eena a fe ntat’a ngoanana lishekele tse mashome a mahlano tsa silevera,+ ’me e tla ba mosali oa hae kahobane a mo tlotlolotse. A ke ke a lumelloa hore a mo hlale ka matsatsi ’ohle a hae.+
30 “Ho se ke ha e-ba le monna ea nkang mosali oa ntat’ae, hore a se ke a apola seaparo sa ntat’ae.+
23 “Ho se ke ha e-ba le monna ea faotsoeng+ ka ho pshatloa makoalata+ kapa ka ho pongoa setho sa hae sa botona ea ka kenang phuthehong ea Jehova.
2 “Ho se ke ha e-ba le mora oa matšeo+ ea ka kenang phuthehong ea Jehova. Esita le molokong oa leshome ho se ke ha e-ba le ea mong oa hae ea ka kenang phuthehong ea Jehova.
3 “Ho se ke ha e-ba le Moammone kapa Momoabe ea ka kenang phuthehong ea Jehova.+ Esita le molokong oa leshome ho se ke ha e-ba le ea mong oa bona ea ka kenang phuthehong ea Jehova ho isa nakong e sa lekanyetsoang, 4 ka lebaka la hore ha baa ka ba le phallela+ ka bohobe le metsi tseleng ha le tsoa Egepeta,+ le kahobane ba ile ba le hirela Balame mora oa Beore oa Pethore e Mesopotamia hore a le rohake.+ 5 Jehova Molimo oa hao ha aa ka a batla ho mamela Balame;+ empa Jehova Molimo oa hao o ile a fetola bomalimabe hore e be tlhohonolofatso+ molemong oa hao, kahobane Jehova Molimo oa hao a u ratile.+ 6 U se ke ua sebeletsa hore ba be le khotso le katleho ka matsatsi ’ohle a hao ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
7 “U se ke ua hloea Moedomo, etsoe ke mor’eno.+
“U se ke ua hloea Moegepeta, etsoe u bile mojaki naheng ea habo.+ 8 Bara bao ba ba tsoalloang molokong oa boraro ba ka tla phuthehong ea Jehova.
9 “Haeba u hloma liahelo hore u futuhele lira tsa hao, u boele u pheme ntho e ’ngoe le e ’ngoe e mpe.+ 10 Haeba ho lōna ho e-ba le monna ea sa tsoeleng pele a hloekile, ka lebaka la tšilafalo e bang teng bosiu,+ a tsoele ka ntle ho liahelo. A se ke a kena ka har’a liahelo.+ 11 Mantsiboea o lokela ho itlhatsoa ka metsi, ’me ha letsatsi le likela a ka kena har’a liahelo.+ 12 U lokela ho ba le sebaka se ka thōko seo u tla se sebelisa ka ntle ho liahelo, ’me u ee ho sona. 13 U lokela ho sebelisa kepa hammoho le lisebelisoa tsa hao, ’me etlare ha u kotsama ka ntle, u tla boela u cheke sekoti ka eona ’me u retelehe u koahele mantle a hao.+ 14 Etsoe Jehova Molimo oa hao o tsamaea liahelong tsa hao ho u lopolla+ le ho tlohela lira tsa hao ho uena;+ ’me liahelo tsa hao li tla halalela,+ e le hore a se ke a bona letho le sa hlompheheng ho uena eaba ka sebele o tlohela ho tsamaea le uena.+
15 “U se ke ua nehelana ka lekhoba ho mong’a lōna ha le balehetse ho uena le tloha ho mong’a lona.+ 16 Le tla ’ne le lule le uena sebakeng leha e le sefe seo le se khethang ho o mong oa metse+ ea heno, kae kapa kae moo le ratang teng. U se ke ua le tšoara hampe.+
17 “Ho se ke ha e-ba le ea mong oa barali ba Iseraele ea fetohang letekatse la tempele,+ leha e le hore mang kapa mang oa bara ba Iseraele a fetohe letekatse la tempele.+ 18 U se ke ua tlisa moputso+ oa seotsoa kapa tefello ea ntja+ ka tlung ea Jehova Molimo oa hao bakeng sa boitlamo leha e le bofe, hobane ke ntho e manyala ho Jehova Molimo oa hao, ka bobeli ba tsona.
19 “U se ke ua lefisa mor’eno phaello,+ phaello ea chelete, phaello ea lijo,+ phaello ea ntho leha e le efe eo motho a ka batlang phaello ea eona. 20 U ka lefisa osele+ phaello, empa u se ke ua lefisa mor’eno phaello;+ e le hore Jehova Molimo oa hao a ka u hlohonolofatsa mosebetsing o mong le o mong naheng eo u il’o e rua.+
21 “Haeba u itlama ka boitlamo ho Jehova+ Molimo oa hao, u se ke ua lieha ho bo phetha,+ kahobane ruri Jehova Molimo oa hao o tla bo batla ho uena, ’me u tla be u entse sebe.+ 22 Empa haeba u hlōleha ho etsa boitlamo, u tla be u sa etsa sebe.+ 23 U boloke polelo ea molomo oa hao,+ ’me u etse feela joalokaha u itlamme ho Jehova Molimo oa hao e le nyehelo ea boithaopo eo u buileng ka eona ka molomo oa hao.+
24 “Haeba u kena serapeng sa morara sa oa heno, u je feela morara o lekaneng ho khotsofatsa moea oa hao, empa u se ke ua tšela leha e le ofe oa oona ka har’a ntho eo u tšelang ho eona.+
25 “Haeba u kena har’a lijo-thollo tse ntseng li le mahlakeng tsa oa heno, ka letsoho la hao u khe feela liqoapi tse butsoitseng, empa u se ke ua hela ka sekele lijo-thollo tsa oa heno tse ntseng li le mahlakeng.+
24 “Haeba monna a nka mosali ’me a mo rua hore e be mosali oa hae, etlare haeba a sa fumane kamohelo mahlong a hae kahobane a fumane ntho e sa hlompheheng ho eena,+ o tla mo ngolla lengolo la tlhalo+ ’me a le behe letsohong la hae ’me a mo bolelle hore a tlohe ntlong ea hae.+ 2 O tla tloha ntlong ea hae ’me e be oa monna e mong.+ 3 Haeba monna oa morao a mo hloea ’me a mo ngolla lengolo la tlhalo ’me a le beha letsohong la hae ’me a mo bolella hore a tlohe ntlong ea hae, kapa haeba monna oa morao ea mo nkang hore e be mosali oa hae a shoa, 4 mong’a hae oa pele ea ileng a mo bolella hore a tsamaee a ke ke a lumelloa hore a mo nke hape hore e be mosali oa hae ka mor’a hore a silafatsoe;+ etsoe seo ke ntho e manyala ka pel’a Jehova, ’me naha eo Jehova Molimo oa hao a u fang eona e le lefa u se ke ua e isa sebeng.
5 “Haeba monna a nka mosali e mocha,+ ha aa lokela ho ea lebothong, kapa a imetsoe ka ntho leha e le efe e ’ngoe. A tsoele pele a lokolohile ka tlung ea hae ka selemo se le seng, ’me a thabise mosali eo a mo nkileng.+
6 “Ho se ke ha e-ba le ea nkang leloala la letsoho kapa tšiloana ea lona e le tebeletso,+ hobane o nka moea e le tebeletso.
7 “Haeba ho fumanoa monna ea koetelang+ moea oa barab’abo ba bara ba Iseraele, ’me a o tšoere ka mokhoa o hatellang ’me a o rekisitse,+ mokoeteli eo le eena a shoe. U tlose se sebe har’a lōna.+
8 “Itebele lefung la lepera+ ka hore u ele hloko ho etsa ho ea ka sohle seo baprista, Balevi, ba tla u laela sona.+ Feela joalokaha ke ba laetse, u hlokomele+ ho etsa joalo. 9 Ho lokela hore ho hopoloe seo Jehova Molimo oa hao a se entseng ho Miriame tseleng ha le tsoa Egepeta.+
10 “Haeba u alima oa heno kalimo ea mofuta leha e le ofe,+ u se ke ua kena ka tlung ea hae ho nka seo a se lebelelitseng.+ 11 U eme ka ntle, ’me motho eo u mo alimang o lokela ho tlisa tebeletso ho uena ka ntle. 12 Haeba motho a le khathatsong, u se ke ua robala u e-na le tebeletso+ ea hae. 13 Ruri u lokela ho khutlisetsa tebeletso ho eena hang ha letsatsi le likela,+ a robale ka seaparo sa hae,+ ’me o tla u hlohonolofatsa;+ ho tla bolela ho loka bakeng sa hao ka pel’a Jehova Molimo oa hao.+
14 “U se ke ua etsa bolotsana ho mosebetsi ea hiriloeng ea khathatsong le ea futsanehileng, ebang ke oa barab’eno kapa oa bajaki ba leng naheng ea heno, ka har’a liheke tsa hao.+ 15 U lokela ho mo fa moputso+ oa hae ka letsatsi la hae, letsatsi ha lea lokela ho o likella, kahobane o khathatsong ’me o phahamiselitse moea oa hae moputsong oa hae; e le hore a se ke a hoeletsa ho Jehova khahlanong le uena,+ ’me ea e-ba sebe ho uena.+
16 “Bo-ntate ha baa lokela ho bolaoa ka lebaka la bana, le bana ha baa lokela ho bolaoa ka lebaka la bo-ntate.+ E mong le e mong a bolaeloe sebe sa hae.+
17 “U se ke ua khopamisa kahlolo ea mojaki+ kapa ea moshanyana ea se nang ntate,+ ’me u se ke ua nka seaparo sa mohlolohali hore e be tebeletso.+ 18 U hopole hore u bile lekhoba Egepeta, ’me Jehova Molimo oa hao a u lopolla teng.+ Ke ka lebaka leo ke u laelang hore u etse ntho ena.
19 “Haeba u kotula tšimong ea hao,+ ’me u lebetse ngata tšimong, u se ke ua khutla ho ea e nka. E tla lula bakeng sa mojaki, bakeng sa moshanyana ea se nang ntate le bakeng sa mohlolohali;+ e le hore Jehova Molimo oa hao a ka u hlohonolofatsa mosebetsing o mong le o mong oa letsoho la hao.+
20 “Haeba u hlohlora sefate sa hao sa mohloaare, u se ke ua ea le makala a sona ha u se u qetile. O tla salla mojaki, moshanyana ea se nang ntate le mohlolohali.+
21 “Haeba u bokella morara oa serapa sa hao sa morara, u se ke ua bokella masalla ha u se u qetile. A tla salla mojaki, moshanyana ea se nang ntate le mohlolohali. 22 U hopole hore u bile lekhoba naheng ea Egepeta.+ Ke ka lebaka leo ke u laelang hore u etse ntho ena.+
25 “Haeba ho tsoha tsekisano pakeng tsa batho,+ ’me ba itlhahisa bakeng sa kahlolo,+ ba tla ba ahlola ’me ba phatlalatse hore ea lokileng o lokile ’me ba phatlalatse hore ea khopo o khopo.+ 2 Haeba ea khopo a tšoanela hore a otloe,+ moahloli o tla mo paqamisa ’me a mo shape ka lichapo+ tsa palo e lekanang le ketso ea hae e khopo. 3 A ka mo shapa ka lichapo tse mashome a mane. Ha aa lokela ho eketsa le e le ’ngoe, esere a tsoela pele ho mo shapa ka lichapo tse ngata ho phaella ho tsena+ ’me mor’eno a nyeliseha mahlong a hao.
4 “U se ke ua tlama poho molomo ha e ntse e pola.+
5 “Haeba bara ba motho ba lula hammoho ’me e mong oa bona a shoa a se na mora, mosali oa ea shoeleng ha aa lokela ho ba oa osele ka ntle. Mor’abo monna oa hae o lokela ho ea ho eena, ’me a mo nke hore e be mosali oa hae ’me a mo kenele.+ 6 Ngoana oa letsibolo eo a tla mo beleha e lokela ho ba mohlahlami lebitsong la mor’abo ea shoeleng,+ hore lebitso la hae le se ke la hlakoloa Iseraele.+
7 “Joale haeba monna a sa khahloe ke ho nka mohlolohali oa mor’abo, joale mohlolohali oa mor’abo a nyolohele hekeng ho banna ba baholo+ ’me a re, ‘Mor’abo monna oa ka o hanne ho boloka lebitso la mor’abo Iseraele. Ha aa lumela ho nkenela.’ 8 Banna ba baholo ba motse oa habo ba tla mo bitsa ba bue le eena, ’me a eme a re, ‘Ha ke khahloe ke ho mo nka.’+ 9 Mohlolohali oa mor’abo a mo atamele ka pel’a mahlo a banna ba baholo ’me a mo rōlise moqathatso+ ’me a mo tšoele ka mathe sefahlehong+ ’me a arabe a re, ‘Ke tsela eo ho lokelang hore ho etsoe ka eona ho monna ea sa haheng ntlo ea mor’abo.’+ 10 O tla rehoa ‘Ntlo ea ea rōlisitsoeng moqathatso’ Iseraele.
11 “Haeba banna ba loana, ’me mosali oa e mong a atamela ho lopolla monna oa hae letsohong la ea mo otlang, ’me a ntša letsoho eaba o mo tšoara ka litho tsa hae tse sephiring,+ 12 u mo khaole letsoho. Leihlo la hao le se ke la mo qenehela.+
13 “U se ke ua ba le litekanyo+ tsa mefuta e ’meli ka mokotleng oa hao, e khōlō le e nyenyane. 14 U se ke ua ba le liefa+ tsa mefuta e ’meli ka tlung ea hao, e khōlō le e nyenyane. 15 U lokela ho tsoela pele u e-na le boima bo nepahetseng le bo hlokang leeme. U lokela ho tsoela pele u e-na le efa e nepahetseng le e hlokang leeme, e le hore matsatsi a hao a lelefale naheng eo Jehova Molimo oa hao a u fang eona.+ 16 Etsoe e mong le e mong ea etsang lintho tsena, moetsi e mong le e mong oa ho hloka toka, ke ntho e manyala ho Jehova Molimo oa hao.+
17 “Ho lokela hore ho hopoloe seo Amaleke a le entseng sona tseleng ha le ne le tsoa Egepeta,+ 18 kamoo a ileng a le khahlanyetsa kateng tseleng ’me a hlasela ka mor’a lōna bohle ba neng ba hlahlathela ka mor’a lōna, ha le ne le khathetse ’me le tepeletse; ’me ha aa ka a tšaba Molimo.+ 19 Etlare ha Jehova Molimo oa hao a u file phomolo lireng tsohle tsa hao ho potoloha naha eo Jehova Molimo oa hao a u fang eona e le lefa hore u e rue,+ u lokela ho hlakola ho boleloa ha Amaleke tlas’a maholimo.+ U se ke ua lebala.
26 “Etlare ha qetellong u kena naheng eo Jehova Molimo oa hao a u fang eona e le lefa, ’me u e ruile ’me u lutse ho eona,+ 2 u tla nka tse ling tsa litholoana tsa pele+ tsa litholoana tsohle tsa mobu, tseo u tla tla le tsona ho tsoa naheng ea heno eo Jehova Molimo a u fang eona, ’me u li tšele basketeng ’me u ee sebakeng seo Jehova Molimo oa hao a tla khetha hore lebitso la hae le lule ho sona.+ 3 U tle ho moprista+ ea tla beng a sebetsa matsatsing ao ’me u re ho eena, ‘Kajeno ke tla tlalehela Jehova Molimo oa hao hore ke kene naheng eo Jehova a hlapanyelitseng baholo-holo ba rōna hore o tla re fa eona.’+
4 “Moprista a nke baskete letsohong la hao ’me a e behe ka pel’a aletare ea Jehova Molimo oa hao. 5 U arabe ’me u re ka pel’a Jehova Molimo oa hao, ‘Ntate e ne e le Mosyria+ ea timelang; eaba o theohela Egepeta+ ’me o lula teng e le mojaki a e-na le ba fokolang haholo ka palo;+ empa a fetoha sechaba se seholo moo, se matla le se sengata.+ 6 Baegepeta ba qala ho re tšoara hampe le ho re hlorisa le ho beha bokhoba bo boima holim ’a rōna.+ 7 Ra qala ho hoeletsa ho Jehova Molimo oa baholo-holo+ ba rōna, ’me Jehova a utloa mantsoe+ a rōna ’me a talima mahloreho a rōna le khathatso ea rōna le khatello+ ea rōna. 8 Qetellong Jehova a re ntša Egepeta ka letsoho le matla+ le ka letsoho le otlolohileng+ le ka ho tšabeha ho hoholo+ le ka lipontšo le ka mehlolo.+ 9 Joale a re tlisa sebakeng sena ’me a re fa naha ena, naha e phallang lebese le mahe a linotši.+ 10 Joale bona! ke tlisitse litholoana tsa pele tsa litholoana tsa naha eo Jehova a mphileng eona.’+
“U boele u li behe ka pel’a Jehova Molimo oa hao ’me u iname ka pel’a Jehova Molimo oa hao.+ 11 U thabe+ ka lebaka la sohle se molemo seo Jehova Molimo oa hao a se fileng uena le ba ntlo ea hao, uena le Molevi le mojaki ea har’a lōna.+
12 “Ha u qeta ho ntša+ karolo eohle ea leshome ea lihlahisoa tsa hao tsa selemo sa boraro,+ selemo sa leshome, u boetse u tla e fa Molevi, mojaki, moshanyana ea se nang ntate le mohlolohali, ’me ba tla e jella lihekeng tsa hao ba ikhotsofatse.+ 13 U tla re ka pel’a Jehova Molimo oa hao, ‘Ke tlositse se halalelang ka tlung ebile ke se file Molevi le mojaki, moshanyana ea se nang ntate le mohlolohali,+ tumellanong le litaelo tsohle tsa hao tseo u ntaetseng tsona. Ha kea tlōla litaelo tsa hao, leha e le ho li lebala.+ 14 Ha kea li ja nakong ea ha ke siame, kapa hona ho tlosa leha e le efe ea tsona ha ke ne ke sa hloeka, kapa ka fana ka leha e le efe ea tsona bakeng sa ea shoeleng. Ke mametse lentsoe la Jehova Molimo oa ka. Ke entse tumellanong le sohle seo u ntaetseng sona. 15 Talima tlaase u le sebakeng sa hao se halalelang sa bolulo,+ maholimong, ’me u hlohonolofatse sechaba sa hao sa Iseraele+ le naha eo u re fileng eona, feela joalokaha u hlapanyelitse baholo-holo ba rōna,+ naha e phallang lebese le mahe a linotši.’+
16 “Letsatsing lena Jehova Molimo oa lōna o le laela hore le phethe melao ena ea tsamaiso le liqeto tsa boahloli;+ le li boloke ’me le li phethe ka lipelo+ tsohle tsa lōna le ka meea eohle ea lōna.+ 17 Kajeno le susumelitse Jehova hore a bolele hore e tla ba Molimo oa lōna ha le ntse le tsamaea litseleng tsa hae ’me le boloka melao ea hae ea tsamaiso+ le litaelo+ tsa hae le liqeto tsa hae tsa boahloli+ ’me le mamela lentsoe la hae.+ 18 Ha e le Jehova, kajeno o le susumelelitse ho bolela hore le tla ba sechaba sa hae, thepa e khethehileng,+ feela joalokaha a le tšepisitse,+ le hore le tla mamela litaelo tsohle tsa hae, 19 le hore o tla le phahamisetsa ka holim ’a lichaba tse ling tsohle tseo a li entseng,+ e leng ho tlang ho fella ka thoriso le botumo le botle, ha le e-ba sechaba se halalelang ho Jehova Molimo oa lōna,+ feela joalokaha a tšepisitse.”
27 Moshe hammoho le banna ba baholo ba Iseraele ba tsoela pele ho laela sechaba, ba re: “Ho lokela hore ho bolokoe taelo e ’ngoe le e ’ngoe eo ke le laelang eona kajeno.+ 2 Letsatsing leo ka lona le tšelang Jordane+ ho ea naheng eo Jehova Molimo oa lōna a le fang eona, le ikemisetse majoe a maholo ’me le a soeufatse ka kalaka. 3 Le ngole holim ’a ’ona mantsoe ’ohle a molao+ ona ha le se le tšetse,+ e le hore le kene naheng eo Jehova Molimo oa lōna a le fang eona, naha e phallang lebese le mahe a linotši, ho ea ka seo Jehova Molimo oa baholo-holo ba lōna a le boleletseng sona.+ 4 Ha le tšetse Jordane, le emise majoe ana, feela joalokaha ke le laela kajeno, Thabeng ea Ebale,+ ’me le a soeufatse ka kalaka.+ 5 Hape le hahele Jehova Molimo oa lōna aletare moo, aletare ea majoe. Le se ke la sebelisa sesebelisoa sa tšepe holim ’a ’ona.+ 6 Le lokela ho haha aletare ea Jehova Molimo oa lōna ka majoe a feletseng, ’me ho eona le nyehele ho Jehova Molimo oa lōna linyehelo tsa secheso.+ 7 Le hlabe mahlabelo a kopanetsoeng+ ’me le a jelle moo,+ ’me le thabe ka pel’a Jehova Molimo oa lōna.+ 8 Le ngole holim ’a majoe mantsoe ’ohle a molao ona,+ le a etse hore a hlake haholo.”+
9 Joale Moshe le baprista, Balevi, ba bua le Baiseraele bohle, ba re: “Khutsa ’me u mamele, Uena Iseraele. Letsatsing lena u fetohile sechaba sa Jehova Molimo oa hao.+ 10 U mamele lentsoe la Jehova Molimo oa hao ’me u phethe litaelo+ tsa hae le melao ea hae ea tsamaiso,+ eo ke u laelang eona kajeno.”
11 Moshe a tsoela pele ho laela sechaba letsatsing leo, a re: 12 “Ba latelang ke bona ba tla ema ho hlohonolofatsa sechaba Thabeng ea Gerizime+ ha le se le tšetse Jordane: Simeone le Levi le Juda le Isakare le Josefa le Benjamine. 13 Ba latelang ke bona ba tla ema bakeng sa lithohako+ Thabeng ea Ebale:+ Rubene, Gade le Ashere le Zabulone, Dane le Nefthali. 14 Balevi ba lokela ho araba ’me ka lentsoe le phahameng ba re ho monna e mong le e mong oa Iseraele:+
15 “‘Ho rohakoe motho ea etsang setšoantšo se betliloeng+ kapa seemahale se entsoeng ka ho qhibilihisoa,+ ntho e manyala ho Jehova,+ ntho e entsoeng ka matsoho a ea sebetsang ka lehong le tšepe,+ ’me a e behile sebakeng se patehileng.’ (Sechaba sohle se tla araba se re, ‘Amen!’)+
16 “‘Ho rohakoe ea eisang ntat’ae kapa ’m ’ae.’+ (Sechaba sohle se tla re, ‘Amen!’)
17 “‘Ho rohakoe ea chechisang letšoao la moeli la oa habo.’+ (Sechaba sohle se tla re, ‘Amen!’)
18 “‘Ho rohakoe ea khelosang ea foufetseng.’+ (Sechaba sohle se tla re, ‘Amen!’)
19 “‘Ho rohakoe ea khopamisang+ kahlolo+ ea mojaki,+ moshanyana ea se nang ntate le mohlolohali.’+ (Sechaba sohle se tla re, ‘Amen!’)
20 “‘Ho rohakoe ea robalang le mosali oa ntat’ae, hobane o apotse seaparo sa ntat’ae.’+ (Sechaba sohle se tla re, ‘Amen!’)
21 “‘Ho rohakoe ea robalang le phoofolo+ leha e le efe.’ (Sechaba sohle se tla re, ‘Amen!’)
22 “‘Ho rohakoe ea robalang le khaitseli ea hae, morali oa ntat’ae kapa morali oa ’m ’ae.’+ (Sechaba sohle se tla re, ‘Amen!’)
23 “‘Ho rohakoe ea robalang le mohoehali oa hae.’+ (Sechaba sohle se tla re, ‘Amen!’)
24 “‘Ho rohakoe ea bolaeang oa habo a le sebakeng se patehileng.’+ (Sechaba sohle se tla re, ‘Amen!’)
25 “‘Ho rohakoe ea amohelang tjotjo hore a bolaee moea, le hoja e le mali a hlokang molato.’+ (Sechaba sohle se tla re, ‘Amen!’)
26 “‘Ho rohakoe ea sa kenyeng mantsoe a molao ona tšebetsong ka hore a a phethe.’+ (Sechaba sohle se tla re, ‘Amen!’)
28 “Haeba ruri u mamela lentsoe la Jehova Molimo oa hao ka hore u ele hloko ho phetha litaelo tsohle tsa hae tseo ke u laelang tsona kajeno,+ ka sebele le Jehova Molimo oa hao o tla u phahamisetsa ka holim ’a lichaba tse ling tsohle tsa lefatše.+ 2 Litlhohonolofatso tsena tsohle li tla tla holim ’a hao ’me li u fihlele,+ hobane u ntse u mamela lentsoe la Jehova Molimo oa hao:
3 “U tla hlohonolofatsoa motseng,+ ’me u tla hlohonolofatsoa tšimong.+
4 “Litholoana tsa mpa+ ea hao li tla hlohonolofatsoa le litholoana tsa naha ea hao le litholoana tsa phoofolo ea hao e ruuoang,+ namane ea khomo ea hao le se tsoetsoeng ke mohlape oa hao.+
5 “Baskete+ ea hao e tla hlohonolofatsoa le sekotlolo sa hao seo ho lubeloang ho sona.+
6 “U tla hlohonolofatsoa ha u kena, ’me u hlohonolofatsoe ha u tsoa.+
7 “Jehova o tla etsa hore lira tsa hao tse u tsohelang matla li hlōloe ka pel’a hao.+ Li tla u futuhela ka tsela e le ’ngoe, empa li tla baleha ka pel’a hao ka litsela tse tharo.+ 8 Jehova o tla laela hore ho be le tlhohonolofatso lipolokelong tsa hao tsa phepelo+ le mosebetsing o mong le o mong oa hao,+ ’me ka sebele o tla u hlohonolofatsa naheng eo Jehova Molimo oa hao a u fang eona. 9 Jehova o tla u tiisa joaloka sechaba sa hae se halalelang,+ feela joalokaha a u hlapanyelitse,+ kahobane u ntse u boloka litaelo+ tsa Jehova Molimo oa hao, ’me u tsamaile litseleng tsa hae. 10 Lichaba tsohle tsa lefatše li tla lokela ho bona hore u bitsitsoe ka lebitso la Jehova,+ ’me ruri li tla u tšaba.+
11 “Hape Jehova o tla etsa hore u ateloe haholo ke litholoana tsa mpa ea hao+ le litholoana tsa liphoofolo tsa hao tse ruiloeng le litholoana tsa naha+ ea hao, naheng eo Jehova a hlapanyelitseng baholo-holo ba hao hore o tla u fa eona.+ 12 Jehova o tla u bulela ntlo ea hae e molemo ea polokelo, maholimo, hore a fane ka pula naheng ea heno ka nako ea eona+ le ho hlohonolofatsa mosebetsi o mong le o mong oa letsoho la hao;+ ’me ka sebele u tla alima lichaba tse ngata, le hoja uena u ke ke ua alima+ letho. 13 Jehova o tla u beha hloohong eseng mohatleng; u tla ba ka holimo+ feela, u ke ke ua ba ka tlaase, kahobane u ntse u mamela litaelo+ tsa Jehova Molimo oa hao, tseo ke u laelang tsona kajeno hore u li boloke ’me u li phethe. 14 U se ke ua kheloha mantsoe ’ohle ao ke le laelang ’ona kajeno, ua ea ka ho le letona kapa ka ho le letšehali,+ hore u latele melimo e meng ho e sebeletsa.+
15 “Etlare haeba u sa mamele lentsoe la Jehova Molimo oa hao ka hore u ele hloko ho phetha litaelo tsohle tsa hae le litaelo tsa hae tse hlomamisitsoeng tseo ke u laelang tsona kajeno, le bomalimabe bona bohle bo tla tla holim ’a hao ’me bo u fihlele:+
16 “U tla rohakoa motseng,+ ’me u rohakoe tšimong.+
17 “Baskete+ ea hao e tla rohakoa le sekotlolo sa hao seo ho lubeloang ho sona.+
18 “Litholoana tsa mpa+ ea hao li tla rohakoa le litholoana tsa naha ea hao,+ namane ea khomo ea hao le se tsoetsoeng ke mohlape oa hao.+
19 “U tla rohakoa ha u kena, ’me u rohakoe ha u tsoa.+
20 “Jehova o tla u romela thohako,+ pherekano+ le khalemelo e matla+ mosebetsing o mong le o mong oa hao oo u lekang ho o phetha, ho fihlela u felisitsoe ’me u timetse ka potlako, ka lebaka la bobe ba liketso tsa hao kahobane u mphuraletse.+ 21 Jehova o tla etsa hore lefu la seoa le u khomarele ho fihlela a u felisitse naheng eo u tlang ho e rua.+ 22 Jehova o tla u otla ka lefuba+ le feberu e chesang le ho ruruha ho bohloko le mocheso oa feberu le sabole+ le komello+ le phori,+ ’me ka sebele li tla u lelekisa ho fihlela u timetse. 23 Maholimo a hao a holim ’a hlooho ea hao le ’ona a tla fetoha koporo, ’me lefatše le ka tlas’a hao le fetohe tšepe.+ 24 Jehova o tla fana ka phofo le lerōle e le pula naheng ea heno. Li tla theohela ho uena li tsoa leholimong ho fihlela u felisitsoe. 25 Jehova o tla etsa hore u hlōloe ka pel’a lira tsa hao.+ U tla li futuhela ka tsela e le ’ngoe, empa u tla li baleha ka litsela tse supileng; u tla fetoha ntho e tšosang ho mebuso eohle ea lefatše.+ 26 Setopo sa hao se tla fetoha lijo tsa sebōpuoa se seng le se seng se fofang sa maholimo le phoofolo ea naha, ho se ea etsang hore li thothomele.+
27 “Jehova o tla u otla ka mathopa a Egepeta+ le ho ruruha ha methapo ea ka morao le lekhoekhoe le lekhopho letlalong, tse ke keng tsa fola. 28 Jehova o tla u otla ka bohlanya+ le ho se bone+ le ho ferekana ha pelo.+ 29 U tla fetoha ea phopholetsang har’a motšehare, feela joalokaha sefofu se phopholetsa lefifing,+ ’me u ke ke ua atlehisa litsela tsa hao; u tla fetoha eo kamehla a etsetsoang bolotsana le ea tlatlapuoang, ho se ea u pholosang.+ 30 U tla lebeletsa mosali, empa monna e mong o tla mo beta.+ U tla haha ntlo, empa u ke ke ua lula ho eona.+ U tla lema serapa sa morara, empa u ke ke ua qala ho se sebelisa.+ 31 Poho ea hao e tla hlajoa ka pel’a mahlo a hao—empa u ke ke ua ja letho la eona. Esele ea hao e tla nkoa ka tlatlapo ka pel’a sefahleho sa hao—empa e ke ke ea khutlela ho uena. Linku tsa hao li tla fuoa lira tsa hao—empa u ke ke ua ba le mopholosi.+ 32 Bara ba hao le barali ba hao ba tla fuoa batho+ ba bang mahlo a hao a ntse a talimile ’me a ba hloloheloe kamehla—empa matsoho a hao a tla hloka matla.+ 33 Sechaba seo u sa se tsebeng se tla ja litholoana tsa naha ea heno le sohle se hlahisoang ke uena;+ ’me u tla fetoha eo kamehla a etsetsoang bolotsana le ea hateletsoeng.+ 34 Ka sebele u tla hlantšoa ke ho bona seo mahlo a hao a tla se bona.+
35 “Jehova o tla u otla ka lethopa le bolaeang mangoleng ka bobeli le maotong ka bobeli, le ke keng la fola, ho tloha bohatong ba leoto ho ea har’a hlooho.+ 36 Jehova o tla u tsamaisa+ hammoho le morena+ oa hao eo u mo behileng hore a u okamele a u ise sechabeng seo u sa se tsebeng, uena kapa baholo-holo ba hao; moo u tla lokela ho sebeletsa melimo e meng, ea lehong le ea lejoe.+ 37 U tla fetoha ntho e makalloang,+ polelo ea maele+ le nyeliso har’a lichaba tsohle tseo Jehova a tla u isa ho tsona.
38 “U tla isa peō e ngata tšimong, empa u tla bokella ho honyenyane,+ hobane tsie e tla e ja.+ 39 U tla lema lirapa tsa morara ’me ka sebele u hlaole, empa u ke ke ua noa veine ’me u ke ke ua bokella letho,+ hobane sebōkō se tla o ja.+ 40 U tla ba le lifate tsa mohloaare naheng eohle ea hao, empa u ke ke ua itlotsa ka oli, hobane mehloaare ea hao e tla hlohloreha.+ 41 U tla tsoala bara le barali, empa ba ke ke ba tsoela pele e le ba hao, hobane ba tla ea kholehong.+ 42 Lifate tsohle tsa hao le litholoana tsa naha ea hao li tla ruuoa ke likokoanyana tse phuphuselang. 43 Mojaki ea har’a lōna o tla ’ne a u phahamele haholoanyane, ha uena—u ntse u theohela tlaase-tlaase.+ 44 Ke eena ea tla u alima, empa uena—u ke ke ua mo alima letho.+ E tla ba hlooho, empa uena—u tla ba mohatla.+
45 “Ka sebele lithohako+ tsena tsohle li tla tla holim ’a hao ’me li u phehelle ’me li u fihlele ho fihlela u felisitsoe,+ kahobane ha ua ka ua mamela lentsoe la Jehova Molimo oa hao ka hore u boloke litaelo tsa hae le litaelo tsa hae tse hlomamisitsoeng tseo a u laetseng tsona.+ 46 Li tla ’ne li be ho uena le bana ba hao e le pontšo le limakatso ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+ 47 ka lebaka la hore ha ua ka ua sebeletsa Jehova Molimo oa hao ka thabo le ka pelo e nyakaletseng+ ka lebaka la bongata ba ntho e ’ngoe le e ’ngoe.+ 48 U tla lokela ho sebeletsa lira+ tsa hao tseo Jehova a tla li romela khahlanong le uena ka tlala+ le lenyora le tlhobolo le ho hloka ntho e ’ngoe le e ’ngoe; ka sebele o tla beha joko ea tšepe molaleng oa hao ho fihlela a u felisitse.+
49 “Jehova o tla hlahisa khahlanong le uena sechaba se hōle haholo,+ ho tloha pheletsong ea lefatše, feela joalokaha ntsu e fofa,+ sechaba seo u ke keng ua utloisisa puo ea sona,+ 50 sechaba se sefahleho se bohale bo tšosang,+ se ke keng sa ba leeme ho motho ea tsofetseng kapa sa bontša mohau ho mohlankana.+ 51 Ka sebele se tla ja litholoana tsa liphoofolo tsa lōna tse ruuoang le litholoana tsa naha ea lōna ho fihlela le felisitsoe,+ ’me se ke ke sa u siela lijo-thollo, veine e ncha kapa oli, namane ea khomo ea hao kapa se tsoetsoeng ke mohlape oa hao, ho fihlela se u timelitse.+ 52 Se tla u lika-liketsa ka har’a liheke tsohle tsa hao ho fihlela marako a hao a phahameng le a etselitsoeng liqhobosheane ao le a tšepileng a oela naheng eohle ea hao, e, ka sebele se tla u lika-liketsa ka har’a liheke tsohle tsa hao naheng eohle ea hao, eo Jehova Molimo oa hao a u fileng eona.+ 53 Joale u tla lokela ho ja litholoana tsa mpa ea hao, nama ea bara ba hao le barali ba hao,+ bao Jehova Molimo oa hao a u fileng bona, ka lebaka la bothata le khatello eo sera sa hao se tla u pota-pota ka eona.
54 “Ha e le monna ea sa tieang le ea tetemang har’a lōna, leihlo+ la hae le tla sekamela bobeng ho mor’abo le mosali oa hae ea ratehang le bara ba hae ba setseng bao a nang le bona, 55 e le hore a se ke a ba fa letho nameng ea bara ba hae eo a tla e ja, hobane ho hang a se na letho le mo saletseng ka lebaka la bothata le khatello eo sera sa hao se tla u pota-pota ka eona ka har’a liheke+ tsohle tsa hao. 56 Ha e le mosali ea sa tieang le ea tetemang har’a lōna eo ho seng mohla a kileng a leka ho beha bohato ba leoto la hae fatše ka lebaka la ho ba le tloaelo ea ho tetema le ka lebaka la ho se tiee,+ leihlo la hae le tla sekamela bobeng ho monna oa hae ea ratehang le mora oa hae le morali oa hae, 57 esita le ho thari ea hae e tsoang pakeng tsa maoto a hae le ho bara ba hae bao a ba belehileng,+ hobane o tla ba ja sephiring ka lebaka la ho hloka ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka lebaka la bothata le khatello eo sera sa hao se tlang ho u pota-pota ka eona ka har’a liheke tsa hao.+
58 “Haeba u sa ele hloko hore u phethe mantsoe ’ohle a molao ona a ngotsoeng bukeng+ ena e le hore u tšabe lebitso lena le khanyang+ le le tšabehang,+ la Jehova,+ Molimo oa hao, 59 ka sebele Jehova o tla boela a etse hore likotlo tsa hao le likotlo tsa bana ba hao li be boima ka ho khethehileng, likotlo tse khōlō le tse tšoarellang halelele,+ le maloetse a bolaeang le a tšoarellang halelele.+ 60 Ruri o tla khutlisetsa ho uena mafu ’ohle a Egepeta ao u ileng ua a tšaba, ’me ka sebele a tla u khomarela.+ 61 Hape, boloetse leha e le bofe le kotlo leha e le efe e sa ngoloang bukeng ena ea molao, Jehova o tla li tlisa holim ’a hao ho fihlela u felisitsoe. 62 Le tla siuoa le fokola haholo ka palo,+ le hoja le le bangata joaloka linaleli tsa maholimo,+ hobane ha lea ka la mamela lentsoe la Jehova Molimo oa lōna.
63 “Feela joalokaha Jehova a thabetse hore a le etse se molemo le ho le atisa,+ Jehova o tla thabela hore a le timetse le ho le felisa;+ le tla tlosoa naheng eo le eang ho e rua.+
64 “Ka sebele Jehova o tla le hasanya har’a lichaba tsohle ho tloha pheletsong e ’ngoe ea lefatše ho ea pheletsong e ’ngoe ea lefatše,+ ’me moo le tla lokela ho sebeletsa melimo e meng eo le sa kang la e tseba, lōna kapa baholo-holo ba lōna, ea lehong le lejoe.+ 65 Le ke ke la lula ka boiketlo+ har’a lichaba tseo, leha e le hore ho tla ba le sebaka sa phomolo bakeng sa bohato ba maoto a lōna; Jehova o tla le fa lipelo tse thothomelang+ le mahlo a felloang ke matla+ le meea e felloang ke tšepo. 66 Ka sebele le tla ba kotsing e khōlō ka ho fetisisa ea bophelo ba lōna ’me le tšohe bosiu le motšehare, ’me le ke ke la tiiseha ka bophelo ba lōna.+ 67 Hoseng le tla re, ‘Hoja ebe ke mantsiboea!’ ’me mantsiboea le tla re, ‘Hoja ebe ke hoseng!’ ka lebaka la tšabo ea lipelo tsa lōna eo le tla ba le eona ka lebaka la pono ea mahlo a lōna eo le tla e bona.+ 68 Ka sebele Jehova o tla le khutlisetsa Egepeta ka likepe ka tsela eo ke itseng ho lōna ka eona, ‘Ha le sa tla hlola le e bona hape,’+ ’me le tla lokela ho ithekisetsa lira tsa lōna hore le be makhoba le makhabunyane,+ empa ho ke ke ha e-ba le ea rekang.”
29 Ana ke mantsoe a selekane seo Jehova a laetseng Moshe hore a se hlabe le bara ba Iseraele naheng ea Moabe ntle ho selekane seo a se hlabileng le bona Horebe.+
2 Moshe a bitsa Baiseraele bohle a re ho bona: “Ke lōna ba boneng sohle seo Jehova a se entseng ka pel’a mahlo a lōna naheng ea Egepeta ho Faro le ho bahlanka bohle ba hae le ho naha+ eohle ea hae, 3 bopaki bo boholo boo mahlo a lōna a bo boneng,+ lipontšo+ tseo tse khōlō le mehlolo.+ 4 Leha ho le joalo Jehova ha aa le fa lipelo tse tsebang le mahlo a bonang le litsebe tse utloang ho fihlela letsatsing lena.+ 5 ‘Ha ke ntse ke le tataisa ka lilemo tse mashome a mane lefeelleng,+ liaparo tsa lōna ha lia ka tsa tsofala, le meqathatso ea lōna ha ea ka ea tsofala maotong a lōna.+ 6 Ha lea ka la ja bohobe,+ ’me ha lea ka la noa veine le joala bo tahang, e le hore le ka tseba hore ke ’na Jehova Molimo oa lōna.’ 7 Qetellong la fihla sebakeng sena, eaba Sihone morena oa Heshbone+ le Oge+ morena oa Bashane baa re futuhela, empa ra ba hlōla.+ 8 Ka mor’a moo ra nka naha ea bona ’me ra e fa Barubene le Bagade le halofo ea moloko oa Bamanase e le lefa.+ 9 Kahoo le boloke mantsoe a selekane sena ’me le a phethe, e le hore le ka etsa hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo le tla e etsa e felle hantle.+
10 “Kaofela ha lōna kajeno le eme ka pel’a Jehova Molimo oa lōna, lihlooho tsa meloko ea lōna, banna ba baholo ba lōna le balaoli ba lōna, monna e mong le e mong oa Iseraele,+ 11 bana ba lōna ba banyenyane, basali+ ba lōna, le mojaki+ oa lōna ea ka har’a liahelo tsa lōna, ho tloha ho ea le roallelang patsi ho ea ho ea le khellang metsi,+ 12 e le hore le kene selekaneng+ sa Jehova Molimo oa lōna le kanong ea hae, seo Jehova Molimo oa lōna a se hlabang le lōna kajeno;+ 13 ka morero oa ho le tiisa kajeno hore le be sechaba+ sa hae e le hore eena e ka ba Molimo oa lōna,+ feela joalokaha a le tšepisitse le feela joalokaha a hlapanyelitse baholo-holo ba lōna Abrahama,+ Isaka+ le Jakobo.+
14 “Joale hase lōna feela bao ke hlabang selekane sena le kano ena le bona,+ 15 empa ke se hlaba le ea emeng le rōna mona kajeno ka pel’a Jehova Molimo oa rōna le ba sieo ho rōna mona kajeno;+ 16 (etsoe le tseba hantle kamoo re ileng ra lula kateng naheng ea Egepeta le kamoo re ileng ra feta kateng har’a lichaba tseo le fetileng har’a tsona.+ 17 Le ne le ee le bone lintho tsa tsona tse nyonyehang le litšoantšo tsa tsona tse rapeloang tse nyonyehang,+ lehong le lejoe, silevera le khauta, tseo li neng li e-na le tsona;) 18 e le hore ho se ke ha e-ba le monna kapa mosali kapa lelapa kapa moloko har’a lōna eo pelo ea hae e furallang Jehova Molimo oa rōna kajeno ho ea sebeletsa melimo ea lichaba tseo;+ e le hore har’a lōna ho se ke ha e-ba le motso o behang litholoana tsa semela se chefo le lengana.+
19 “Ha e mong a utloa mantsoe a kano ena,+ ’me a itlhohonolofalitse pelong ea hae, a re, ‘Ke tla ba le khotso,+ le hoja ke tla tsamaea ka manganga a pelo ea ka,’+ ka morero oa ho felisa ea khotsoeng hammoho le ea nyoriloeng, 20 Jehova a ke ke a batla ho mo tšoarela,+ empa joale bohale+ ba Jehova le cheseho+ ea hae li tla tukela motho eo,+ ’me kano eohle e ngotsoeng bukeng+ ena ka sebele e tla oela holim ’a hae, ’me ruri Jehova o tla hlakola lebitso la hae tlas’a maholimo. 21 Kahoo Jehova o tla lokela ho mo arola+ melokong eohle ea Iseraele bakeng sa tlokotsi tumellanong le kano eohle ea selekane e ngotsoeng bukeng ena ea molao.
22 “Moloko oa ka moso, bara ba lōna ba tlang ho ema ka mor’a lōna, ba tla tlameha ho re, le osele ea tla tla a tsoa naheng e hōle, esita leha ba bone likotlo tsa naha eo le mafu a eona ao Jehova a e kulisitseng ka ’ona,+ 23 sebabole le letsoai+ le ho cha,+ hoo tšimo eohle ea eona e ke keng ea jaloa, kapa ea beha, kapa hona hore limela leha e le life li tla mela ho eona, joaloka ho lihuoa ha Sodoma le Gomora,+ Adma+ le Zeboime,+ tseo Jehova a ileng a li liha bohaleng ba hae le khalefong+ ea hae; 24 e, lichaba tsohle li tla tlameha ho re, ‘Ke hobane’ng ha Jehova a entse tjee naheng ee?+ Ke hobane’ng ha ho e-na le mocheso oa bohale boo bo boholo?’ 25 Joale ba tla lokela ho re, ‘Ke kahobane ba tlohetse selekane+ sa Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona, seo a se hlabileng le bona ha a ba ntša naheng ea Egepeta.+ 26 Ba tsamaea ’me ba sebeletsa melimo e meng ba e inamela, melimo eo ba sa kang ba e tseba le eo a neng a sa ba abela eona.+ 27 Joale bohale ba Jehova ba tukela naha eo ka ho e tlisetsa bomalimabe bohle bo ngotsoeng bukeng+ ena. 28 Kahoo Jehova a ba fothola naheng ea bona ka bohale+ le khalefo le tlhonamo e khōlō ’me a ba lahlela naheng e ’ngoe joaloka letsatsing lena.’+
29 “Lintho tse patiloeng+ ke tsa Jehova Molimo oa rōna, empa lintho tse senotsoeng+ ke tsa rōna le bara ba rōna ho isa nakong e sa lekanyetsoang, e le hore re ka phetha mantsoe ’ohle a molao ona.+
30 “Etlare ha mantsoe ana ’ohle a u hlahela, tlhohonolofatso+ le bomalimabe,+ tseo ke li behileng ka pel’a hao, ’me u a khutliselitse pelong+ ea hao har’a lichaba tsohle moo Jehova Molimo oa hao a u qhalakanyelitseng teng,+ 2 ’me u khutletse ho Jehova Molimo oa hao+ ’me u mametse lentsoe la hae ho ea ka sohle seo ke u laelang sona kajeno, uena le bara ba hao, ka pelo ea hao eohle le ka moea+ oa hao oohle, 3 Jehova Molimo oa hao o tla boela a khutlise baholehuoa+ ba hao ’me a u bontše mohau+ a boele a u phuthe lichabeng tsohle tseo Jehova Molimo oa hao a u hasanyelitseng ho tsona.+ 4 Haeba batho ba heno ba qhalakantsoeng ba le pheletsong ea maholimo, Jehova Molimo oa hao o tla u bokella ’me o tla u nka teng.+ 5 Ruri Jehova Molimo oa hao o tla u tlisa naheng eo bo-ntat’ao ba e ruileng, ’me ka sebele u tla e rua; ruri o tla u etsa se molemo ’me a u atise ho feta bo-ntat’ao.+ 6 Jehova Molimo oa hao o tla lokela ho bolotsa pelo+ ea hao le pelo ea bana ba hao,+ e le hore u ka rata Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle ka lebaka la bophelo ba hao.+ 7 Ka sebele Jehova Molimo oa hao o tla beha likano tsena tsohle holim ’a lira tsa hao le ba u hloileng, ba u hlorisitseng.+
8 “Ha e le uena, u tla reteleha ’me ka sebele u mamele lentsoe la Jehova u phethe litaelo tsohle tsa hae tseo ke u laelang tsona kajeno.+ 9 Ruri Jehova Molimo oa hao o tla etsa hore u ateloe haholo mosebetsing o mong le o mong oa letsoho la hao,+ litholoaneng tsa mpa ea hao le litholoaneng tsa liphoofolo tsa hao tse ruuoang+ le litholoaneng tsa mobu oa hao,+ e leng ho tlang ho fella ka katleho;+ hobane Jehova o tla boela a u thabela bakeng sa se molemo, feela joalokaha a ile a thabela baholo-holo ba hao;+ 10 kaha u tla mamela lentsoe la Jehova Molimo oa hao e le hore u boloke litaelo tsa hae le litaelo tsa hae tse hlomamisitsoeng tse ngotsoeng bukeng ena ea molao,+ hobane u tla khutlela ho Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle.+
11 “Etsoe taelo ena eo ke u laelang eona kajeno ha e thata haholo ho uena, leha e le hore e hōle haholo.+ 12 Ha e maholimong, hoo qetellong ho ka thoeng, ‘Ke mang ea tla nyolohela maholimong bakeng sa rōna hore a re latele eona, e le hore a ka etsa hore re e utloe hore re e phethe?’+ 13 Leha e le hore e ka lehlakoreng le leng la leoatle, hoo qetellong ho ka thoeng, ‘Ke mang ea tla tšelela lehlakoreng le leng la leoatle bakeng sa rōna ’me a re latele eona, e le hore a ka etsa hore re e utloe hore re e phethe?’ 14 Etsoe lentsoe leo le haufi haholo le uena, le molomong oa hao ’me le ka pelong ea hao,+ e le hore u ka le phetha.+
15 “Bona, kajeno ke beha ka pel’a hao bophelo le molemo, lefu le bobe.+ 16 [Haeba u tla mamela litaelo tsa Jehova Molimo oa hao,] tseo ke u laelang tsona kajeno, hore u rate Jehova Molimo oa hao,+ u tsamaee litseleng tsa hae le ho boloka litaelo+ tsa hae le litaelo tsa hae tse hlomamisitsoeng le liqeto tsa hae tsa boahloli,+ joale u tla tsoela pele u phela+ ’me u ngatafale, ’me Jehova Molimo oa hao o tla u hlohonolofatsa naheng eo u eang ho e rua.+
17 “Empa haeba pelo ea hao e kheloha ’me u sa mamele,+ ’me u ekoa ’me u inamela melimo e meng u e sebeletsa,+ 18 kea le bolella kajeno hore ka sebele le tla timela.+ Le ke ke la lelefatsa matsatsi a lōna naheng eo le tšelang Jordane ho ea e rua. 19 Kajeno ke nka maholimo le lefatše e le lipaki khahlanong le lōna,+ hore ke behile bophelo le lefu ka pel’a lōna,+ tlhohonolofatso+ le thohako;+ le khethe bophelo e le hore le tsoele pele le phela,+ lōna le bana ba lōna,+ 20 ka hore le rate Jehova Molimo+ oa lōna, le mamele lentsoe la hae ’me le mo khomarele;+ etsoe ke eena bophelo ba lōna le bolelele ba matsatsi a lōna,+ e le hore le ka lula naheng eo Jehova a hlapanyelitseng baholo-holo ba lōna Abrahama, Isaka le Jakobo hore o tla ba fa eona.”+
31 Joale Moshe a ea ’me a bolella Baiseraele bohle mantsoe ana 2 a re ho bona: “Kajeno ke lilemo li lekholo le mashome a mabeli.+ Ha ke sa tla hlola ke lumelloa ho tsoa le ho kena,+ etsoe Jehova o itse ho ’na, ‘U ke ke ua tšela Jordane+ ena.’ 3 Jehova Molimo oa lōna ke eena ea tšelang ka pel’a lōna.+ O tla felisa lichaba tsena ka pel’a lōna, ’me le tla li leleka.+ Joshua ke eena ea tšelang ka pel’a lōna,+ feela joalokaha Jehova a buile. 4 Ka sebele Jehova o tla li etsa joalokaha a entse Sihone+ le Oge,+ marena a Baamore, le naha ea bona, ha a ba felisa.+ 5 Jehova o le tloheletse tsona,+ ’me le li etse ho ea ka taelo eohle eo ke le laetseng eona.+ 6 Le be sebete ’me le be matla.+ Le se ke la tšoha kapa la haroha matsoalo ka pel’a tsona,+ hobane Jehova Molimo oa lōna ke eena ea tsamaeang le lōna. A ke ke a le lahla kapa a le tlohela ka ho feletseng.”+
7 Moshe a bitsa Joshua a re ho eena ka pel’a mahlo a Baiseraele bohle: “U be sebete ’me u be matla,+ hobane uena—u tla tlisa sechaba sena naheng eo Jehova a hlapanyelitseng baholo-holo ba sona hore o tla se fa eona, ’me u tla se fa eona e le lefa.+ 8 Jehova ke eena ea tsamaeang ka pel’a hao. O tla tsoela pele a e-na le uena.+ A ke ke a u lahla kapa a u tlohela ka ho feletseng. U se ke ua tšoha kapa ua haroha letsoalo.”+
9 Joale Moshe a ngola molao+ ona ’me a o fa baprista bara ba Levi,+ bajari ba areka ea selekane sa Jehova,+ le banna bohle ba baholo ba Iseraele. 10 Moshe o tsoela pele ho ba laela, a re: “Bofelong ba lilemo tse ling le tse ling tse supileng, ka nako e behiloeng selemong sa tokollo,+ moketeng oa maphephe,+ 11 ha Baiseraele bohle ba tlil’o bona sefahleho sa Jehova+ Molimo oa lōna sebakeng seo a tla se khetha,+ le tla bala molao ona ka pel’a Baiseraele bohle moo ba ntseng ba utloa.+ 12 Phutha sechaba,+ banna le basali le bana ba banyenyane le mojaki oa hao ea ka har’a liheke tsa hao, e le hore ba mamele le hore ba ithute,+ kaha ba lokela ho tšaba Jehova Molimo+ oa lōna ’me ba ele hloko hore ba phethe mantsoe ’ohle a molao ona. 13 Bara ba bona ba sa kang ba tseba ba lokela ho mamela,+ ’me ba tla ithuta ho tšaba Jehova Molimo oa lōna ka matsatsi ’ohle ao le phelang ka ’ona naheng eo le tšelang Jordane ho ea e rua.”+
14 Ka mor’a moo Jehova a re ho Moshe: “Bona! Matsatsi a hore u shoe a atametse.+ Bitsa Joshua, ’me le eme ka tenteng ea pokano, hore ke mo laele.”+ Kahoo Moshe le Joshua ba tsamaea ’me ba ema ka tenteng ea pokano.+ 15 Joale Jehova a hlaha tenteng ka topallo ea leru, ’me topallo ea leru ea qala ho ema pel’a monyako oa tente.+
16 Joale Jehova a re ho Moshe: “Bona! U tla robala le baholo-holo ba hao;+ ’me ka sebele sechaba sena se tla ema+ ’me se be le likamano tse litšila le melimo esele ea naha eo se eang+ ho eona, har’a sona, ’me ka sebele se tla mphuralla+ ’me se tlōle selekane sa ka seo ke se hlabileng le sona.+ 17 Ruri letsatsing leo bohale ba ka bo tla se tukela,+ ’me ka sebele ke tla se furalla+ ke se patele sefahleho sa ka,+ ’me se tla fetoha ntho e lokeloang ke ho timetsoa; litlokotsi tse ngata le mahlomola li tla se oela holimo,+ ’me se tla tlameha ho re letsatsing leo, ‘Na hase kahobane Molimo oa rōna a se har’a rōna re oetsoeng ke litlokotsi tsee?’+ 18 Ha e le ’na, ke tla pata sefahleho sa ka ka ho feletseng letsatsing leo ka lebaka la bobe bohle boo se bo entseng, hobane se retelehetse ho melimo e meng.+
19 “Joale ingolleng pina+ ena ’me le e rute bara ba Iseraele.+ E beheng melomong ea bona e le hore pina ena e ka ba bopaki ba ka khahlanong le bara ba Iseraele.+ 20 Etsoe ke tla ba tlisa naheng eo ke hlapanyelitseng baholo-holo ba bona ka eona,+ e phallang lebese le mahe a linotši,+ ’me ka sebele ba tla ja+ ba khore ba none+ ’me ba retelehele ho melimo e meng,+ ruri ba tla e sebeletsa ’me ba ntlhompholle ’me ba tlōle selekane sa ka.+ 21 Etlare ha ba oeloa ke litlokotsi tse ngata le mahlomola,+ pina ena e tla araba ka pel’a bona e le bopaki, hobane ha ea lokela ho lebaloa melomong ea bana ba bona, etsoe ke tseba hantle tšekamelo+ ea bona eo ba nang le eona kajeno pele ke ba tlisa naheng eo ke hlapantseng ka eona.”
22 Kahoo Moshe a ngola pina ena letsatsing leo, e le hore a ka e ruta bara ba Iseraele.+
23 A laela Joshua mora oa Nune+ a re: “U be sebete ’me u be matla,+ hobane uena—u tla kenya bara ba Iseraele naheng eo ke ba hlapanyelitseng ka eona,+ ’me ke tla tsoela pele ke e-na le uena.”
24 Eitse hang ha Moshe a qetile ho ngola mantsoe a molao ona bukeng ho fihlela a phethiloe,+ 25 Moshe a qala ho laela Balevi, bajari ba areka ea selekane sa Jehova,+ a re: 26 “Nkang buka ena ea molao,+ le e behe lehlakoreng la areka+ ea selekane sa Jehova Molimo oa lōna, ’me e tla ba bopaki teng khahlanong le lōna.+ 27 Etsoe ’na—ke tseba hantle borabele+ ba lōna le melala ea lōna e sataletseng.+ Haeba kajeno ha ke ntse ke phela le lōna, le fetohetse Jehova,+ joale ho tla ba joalo hakaakang ka mor’a lefu la ka! 28 Mpokelleleng banna bohle ba baholo ba meloko ea lōna le balaoli ba lōna,+ ’me ke bue mantsoe ana moo ba ntseng ba utloa, ’me ke nke maholimo le lefatše e le lipaki khahlanong le bona.+ 29 Etsoe ruri ke tseba hantle hore ka mor’a lefu la ka le tla etsa ka mokhoa o senyang,+ ’me ka sebele le tla kheloha tseleng eo ke le laetseng eona; tlokotsi+ e tla le hlahela qetellong ea matsatsi, hobane le tla etsa se sebe mahlong a Jehova hore le mo siteloe ka mesebetsi ea matsoho a lōna.”+
30 Moshe a bolela mantsoe a pina ena moo phutheho eohle ea Iseraele e ntseng e utloa ho fihlela a phethiloe:+
2 Taeo ea ka e tla rotha joaloka pula,+
Polelo ea ka e tla qhitsa joaloka phoka,+
Joaloka pula e nang hasesaane holim ’a joang+
Le joaloka lipula tsa melupe holim ’a limela.+
4 Ke Lefika, mosebetsi oa hae o phethahetse,+
Etsoe litsela tsohle tsa hae ke toka.+
Molimo oa botšepehi,+ eo ho eena ho se nang ho hloka toka;+
O lokile ’me o khabane.+
5 Ba entse ka mokhoa o senyang;+
Hase bana ba hae, sekoli ke sa bona.+
Moloko o khopameng le o sothehileng!+
6 Na le ntse le etsa ka tsela ee ho Jehova,+
Lōna batho ba hlokang kelello le ba seng bohlale?+
Na hase Ntat’a lōna ea le hlahisitseng,+
Ea le entseng ’me a le tsitsisa?+
Nahanang ka lilemo tsa morao ho tloha molokong o mong ho ea ho o mong;
Botsang ntat’a lōna, ’me a ka le bolella;+
Le botse banna ba baholo ba lōna, ’me ba ka le phetela.+
8 Ha Ea Phahameng ka ho Fetisisa a fa lichaba lefa,+
Ha a arohanya bara ba Adama,+
O ile a tiisa moeli oa lichaba+
Mabapi le palo ea bara ba Iseraele.+
10 O mo fumane naheng ea lefeella,+
Le lehoatateng le feela, le se nang letho.+
A qala ho mo pota-pota,+ ho mo hlokomela,+
Ho mo sireletsa joaloka thaka ea leihlo la hae.+
11 Feela joalokaha ntsu e sisinya sehlaha sa eona,
E ōkaōkela malinyane a eona,+
E phukalatsa mapheo a eona, e a nka,
E a jara ka masiba a eona,+
12 Jehova a le mong o ’nile a mo tsamaisa,+
’Me ho ne ho se molimo osele hammoho le eena.+
13 A ’na a mo palamisa libakeng tse phahameng tsa lefatše,+
Hoo a ileng a ja lihlahisoa tsa naha.+
’Me o ’nile a etsa hore a momone mahe a linotši lefikeng,+
Le oli lefikeng le thata;+
14 Sereleli sa mohlape oa liphoofolo tse khōlō le lebese la mohlape oa likhutšoane+
Hammoho le mafura a lipheleu,
Le linku tse tona, tse tsoaletsoeng Bashane, le liphooko+
Hammoho le mafura a liphio a koro;+
U ’nile ua noa mali a morara joaloka veine.+
15 Ha Jeshurune+ a qala ho nona, joale a raha.+
U nonne, u motenya, u khotše hampe.+
Kahoo a furalla Molimo, ea mo entseng,+
’Me a nyelisa Lefika+ la poloko ea hae.
16 Ba qala ho mo susumelletsa poulelong+ ka melimo esele;+
Ba ’na ba mo siteloa ka lintho tse manyala.+
17 Ba qala ho etsetsa bademona mahlabelo, eseng Molimo,+
Melimo eo ba sa kang ba e tseba,+
E mecha e sa tsoa hlaha,+
Eo baholo-holo ba lōna ba neng ba sa e tsebe.
18 Le lebetse Lefika le le tsoetseng,+
’Me la qala ho ntša Molimo mehopolong ea lōna, Ea le tsoetseng ka bohloko ba pelehi.+
19 Ha Jehova a bona seo, joale a ba hlompholla,+
Ka lebaka la ho halefisoa ke bara ba hae le barali ba hae.
20 Kahoo a re, ‘A nke ke ba patele sefahleho sa ka,+
A nke ke bone seo qetello ea bona e tla ba sona hamorao.
Etsoe ke moloko o khelohileng,+
Bara ba se nang botšepehi.+
21 Ba ntšusumelelitse poulelong ka seo e seng molimo;+
Ba nkhalefisitse ka litšoantšo tsa bona tse rapeloang tsa lefeela;+
Ke tla ba susumelletsa poulelong ka seo e seng sechaba;+
Ke tla ba khopisa ka sechaba se hlokang kelello.+
22 Etsoe mollo o hotelitsoe bohaleng ba ka+
O tla tuka ho fihlela Sheole, sebaka se tlaase-tlaase,+
O tla chesa lefatše le lihlahisoa tsa lona+
O tla chesa metheo ea lithaba.+
24 Ba tla khathatsoa ke tlala+ ’me ba tla qetoa matla ke feberu e chesang+
Le timetso e bohloko.+
Ke tla romela meno a liphoofolo holim ’a bona,+
Le mahloko a lihahabi tsa lefatše.+
25 Ka ntle sabole e tla ba amoha bana,+
’Me ka tlung e be tšabo,+
Ho mohlankana le moroetsana,+
Ea anyang hammoho le motho ea moriri o moputsoa.+
27 Hoja ebe ke ne ke sa tšabe matšoenyeho a sera,+
Hore bahanyetsi ba bona ba ka utloisisa sena ka ho fosahetseng,+
Hore ba ka ’na ba re: “Matsoho a rōna a phahame,+
’Me hase Jehova ea hlahisitseng sena sohle.”+
29 Hoja ba ne ba le bohlale!+ Joale ba ne ba tla nahanisisa ka sena.+
Ba ne ba tla nahana ka qetello ea bona hamorao.+
30 Ke joang motho a le mong a ka lelekisang ba sekete,
’Me ba babeli ba balehisa ba likete tse leshome?+
Ntle le hore ebe Lefika la bona le ba rekisitse+
’Me Jehova o nehelane ka bona.
Merara ea bona ke merara e chefo,
Masihla a eona aa baba.+
35 Phetetso ke ea ka, le tefetso.+
Ka nako e behiloeng maoto a bona a tla therekela,+
Etsoe letsatsi la koluoa ea bona le haufi,+
Le liketsahalo tse ba loketseng lia potlaka.’+
36 Etsoe Jehova o tla ahlola batho ba hae+
’Me o tla ikutloa a soabile ka bahlanka ba hae,+
Hobane o tla bona hore setšehetso se nyametse
’Me ho teng feela ea se nang thuso le eo e seng oa bohlokoa.
37 Ka sebele o tla re, ‘Melimo ea bona e hokae,+
Lefika leo ba batlileng setšabelo ho lona,+
38 E neng e ja mafura a mahlabelo a bona,+
E noa veine ea linyehelo tsa bona tsa seno?+
E ke e eme ’me e le thuse.+
E ke e be sebaka seo le ipatang ho sona.+
39 Bonang joale ke ’na—ke ’na eena+
’Me ha ho melimo e meng hammoho le ’na.+
Kea bolaea, ’me kea phelisa.+
Ke ntšitse maqeba a mabe,+ ’me ’na—ke tla folisa,+
’Me ha ho ea hloibilang letsohong la ka.+
40 Etsoe ke phahamisetsa letsoho la ka leholimong ka kano,+
’Me ke re: “Ka ’na ea phelang ho isa nakong e sa lekanyetsoang,”+
41 Haeba ruri ke leotsa sabole ea ka e phatsimang,+
’Me letsoho la ka le tšoara kahlolo,+
Ke tla iphetetsa ho bahanyetsi ba ka+
’Me ke itefetse ho ba ntlhoileng haholo.+
42 Ke tla etsa hore metsu ea ka e tahoe ke mali,+
Ha sabole ea ka e ja nama,+
Le mali a ba bolailoeng le baholehuoa,
Le lihlooho tsa baeta-pele ba sera.’+
43 Thabang, lōna lichaba, hammoho le batho ba hae,+
Etsoe o tla pheteletsa mali a bahlanka ba hae,+
’Me o tla iphetetsa ho bahanyetsi ba hae+
’Me ruri o tla koahela libe tsa lefatše la batho ba hae.”
44 Kahoo Moshe a tla ’me a bolela mantsoe ’ohle a pina ena moo sechaba se ntseng se utloa,+ eena hammoho le Hoshea mora oa Nune.+ 45 Ha Moshe a qeta ho bolella Baiseraele bohle mantsoe ana ’ohle, 46 a tsoela pele ho re ho bona: “Lebisang lipelo tsa lōna mantsoeng ’ohle ao ke le bolellang ’ona kajeno e le temoso,+ e le hore le ka laela bara ba lōna hore ba ele hloko hore ba phethe mantsoe ’ohle a molao ona.+ 47 Etsoe hase lentsoe la lefeela ho lōna,+ empa le bolela bophelo ba lōna,+ ’me ka lentsoe lena le ka lelefatsa matsatsi a lōna holim ’a naha eo le tšelang Jordane ho ea e rua.”+
48 Jehova a bua le Moshe ka lona letsatsi lena, a re: 49 “Nyolohela thabeng ena ea Abarime,+ Thaba ea Nebo,+ e naheng ea Moabe, e shebaneng le Jeriko, ’me u bone naha ea Kanana, eo ke e fang bara ba Iseraele hore ba e rue.+ 50 Joale u tla shoela thabeng eo u nyolohelang ho eona, ’me u nkeloe ho batho ba heno,+ feela joalokaha moholoane oa hao Arone a shoetse Thabeng ea Hore+ eaba o nkeloa ho batho ba habo; 51 ka lebaka la hore ha lea ka la ’mamela+ har’a bara ba Iseraele metsing a Meriba+ ea Kadeshe lefeelleng la Zine; ka lebaka la hore ha lea ka la nkhalaletsa har’a bara ba Iseraele.+ 52 Etsoe u tla bona naha u le hōle, empa u ke ke ua kena naheng eo ke e fang bara ba Iseraele.”+
33 Joale ena ke tlhohonolofatso+ eo Moshe monna oa Molimo oa ’nete+ a ileng a hlohonolofatsa bara ba Iseraele ka eona pele ho lefu la hae. 2 Eaba o re:
“Jehova—o tlile a tsoa Sinai,+
’Me a ba chabela a le Seire.+
O ile a khanya a le sebakeng se lithaba sa Parane,+
’Me o ne a e-na le limiriade tse halalelang,+
Letsohong la hae le letona e le bahlabani ba tsona.+
3 O ne a boetse a baballa sechaba sa hae;+
Bahalaleli bohle ba sona ba letsohong la hao.+
Bona—ba otlile ka lehlakore maotong a hao;+
Ba qala ho amohela a mang a mantsoe a hao.+
7 Ena e ne e le tlhohonolofatso ea Juda,+ ha a tsoela pele ho re:
“Jehova, utloa lentsoe la Juda,+
E se eka u ka mo tlisa ho batho ba habo.
Matsoho a hae a loanetse sa hae;
E se eka u ka ba mothusi ho bahanyetsi ba hae.”+
“Thumime ea hao le Urime+ ea hao ke tsa motho ea tšepahalang ho uena,+
Eo u mo lekileng Masa.+
U ile ua qala ho mo loantša pel’a metsi a Meriba,+
9 Motho ea itseng ho ntat’ae le ’m ’ae, ‘Ha kea mo bona.’
Esita le barab’abo ha aa ka a ba tseba,+
Le bara ba hae ha aa ka a ba tseba.
Etsoe ba bolokile polelo ea hao,+
’Me ba ’na ba boloka selekane sa hao.+
10 Ba ke ba rupele Jakobo ka liqeto tsa hao tsa boahloli+
Le Iseraele ka molao oa hao.+
Ba ke ba etse libano linkong tsa hao+
Le nyehelo e feletseng aletareng ea hao.+
11 Jehova, hlohonolofatsa mafolofolo a hae,+
E se eka u ka khahlisoa ke mosebetsi oa matsoho a hae.+
Ba mo tsohelang matla u ba ntša maqeba a mabe mathekeng,+
Le ba mo hloileng haholo, hore ba se ke ba ema.”+
“Ea ratoang+ oa Jehova a ke a lule a sireletsehile pel’a hae,+
Ha a ntse a mo sirelelitse letsatsi lohle,+
’Me o tla lula pakeng tsa mahetla a hae.”+
“E se eka naha ea hae e ka hlohonolofatsoa ke Jehova ka ho tsoelang pele+
Ka lintho tse ntle tsa leholimo, ka phoka,+
Le ka boliba bo leng tlaase,+
14 Le ka lintho tse ntle, lihlahisoa tsa letsatsi,+
Le ka lintho tse ntle, tse hlahisoang ke likhoeli,+
15 Le ka tse ntle ka ho fetisisa tse tsoang lithabeng tsa bochabela,+
Le ka lintho tse ntle tsa maralla a hlolang ka nako e sa lekanyetsoang,
16 Le ka lintho tse ntle tsa lefatše le botlalo ba lona,+
Le ka tumello ea Ea lutseng lihlahleng tse meutloa.+
E se eka li ka tla hloohong ea Josefa+
Le har’a hlooho ea ea qolotsoeng har’a barab’abo.+
17 Bokhabane ba hae bo joaloka letsibolo la poho,+
’Me linaka tsa hae ke linaka tsa poho e hlaha.+
O tla sututsa lichaba+ ka tsona
Kaofela ha tsona ho ea lipheletsong tsa lefatše,
Ke ba likete tse mashome ba Efraime,+
Ke ba likete ba Manase.”
19 Lichaba li tla hooa lithabeng.
Li tla etsa mahlabelo a ho loka moo.+
Etsoe li tla monya leruo le atileng la maoatle+
Le matlotlo a patiloeng a lehlabathe.”
“Ho hlohonolofatsoe ea atolosang meeli ea Gade.+
O tla lula joaloka tau,+
O tla rusolla letsoho, e, bohareng ba hlooho.+
21 O tla ikhethela karolo ea pele,+
Etsoe kabelo ea mofani oa taelo e hlomamisitsoeng e bolokiloe teng.+
Lihlooho tsa sechaba li tla bokana.
LKa sebele o tla phethisa ho loka ha Jehova
Le liqeto tsa hae tsa boahloli mabapi le Iseraele.”
“Nefthali o khotsofetse ka tumello
’Me o tletse tlhohonolofatso ea Jehova.
Rua bophirimela le boroa.”+
“Ashere o hlohonolofalitsoe ka bara.+
A ke a fetohe ea amoheloang ke barab’abo,+
Le ea kenyang leoto ka har’a oli.+
25 Tšepe le koporo ke liloko tsa liheke tsa hao,+
Ho tsamaea ha hao u khatholohile ho lekana le matsatsi a hao.
26 Ha ho le ea mong ea kang Molimo oa ’nete+ oa Jeshurune,+
Ea kaletseng leholimo ho u thusa+
Le maholimo a koahetsoeng ke maru boemong ba hae bo phahameng.+
27 Molimo oa nakong ea boholo-holo ke sebaka seo ho ipatoang ho sona,+
Ka tlaase ke matsoho a hlolang ka nako e sa lekanyetsoang.+
O tla leleka sera ka pel’a hao,+
O tla re, ‘Ba feliseng!’+
28 Iseraele e tla lula e sireletsehile,+
Seliba sa Jakobo,+
Naheng ea lijo-thollo le veine e ncha.+
E, maholimo a hae a tla rothisa phoka.+
Ke mang ea kang uena,+
Sechaba se thabelang poloko ea Jehova,+
Thebe ea thuso ea hao,+
Le Eo e leng sabole ea hao e phahameng?+
Kahoo lira tsa hao li tla honyela ke tšabo ka pel’a hao,+
Uena—u tla hatakela libakeng tsa tsona tse phahameng.”+
34 Joale Moshe a nyoloha lithoteng tsa lehoatata tsa Moabe a ea Thabeng ea Nebo,+ tlhōrōng ea Pisga,+ e shebaneng le Jeriko.+ Jehova a qala ho mo bontša naha eohle, Gileade ho ea fihla Dane,+ 2 le Nefthali eohle le naha ea Efraime le Manase le naha eohle ea Juda ho ea fihla leoatleng le ka bophirimela,+ 3 le Negebe+ le Setereke,+ thota ea Jeriko, motse oa lifate tsa lipalema,+ ho ea fihla Zooare.+
4 Jehova a tsoela pele ho re ho eena: “Ena ke naha eo ke hlapanyelitseng Abrahama, Isaka le Jakobo ka eona, ka re, ‘Ke tla e fa peō ea hao.’+ Ke entse hore u e bone ka mahlo, kaha u ke ke ua tšelela teng.”+
5 Ka mor’a moo Moshe mohlanka oa Jehova+ a shoella moo naheng ea Moabe ka taelo ea Jehova.+ 6 A mo pata phuleng naheng ea Moabe ka pel’a Bethe-peore,+ ’me ha ho le ea mong ea tsebang lebitla la hae ho fihlela letsatsing lena.+ 7 Moshe o ne a le lilemo li lekholo le mashome a mabeli ha a shoa.+ Mahlo a hae a ne a sa fifala,+ le mafolofolo a hae a ne a sa fela.+ 8 Bara ba Iseraele ba llela Moshe lithoteng tsa lehoatata tsa Moabe ka matsatsi a mashome a mararo.+ Qetellong matsatsi a ho lla a nako ea ho siamela Moshe a fela.
9 Joshua mora oa Nune o ne a tletse moea oa bohlale,+ etsoe Moshe o ne a behile letsoho la hae holim ’a hae;+ bara ba Iseraele ba qala ho mo mamela eaba ba etsa feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.+ 10 Empa ha ho e-s’o ka ho hlaha moprofeta ea kang Moshe+ Iseraele, eo Jehova a neng a mo tseba lifahleho li talimane,+ 11 mabapi le lipontšo tsohle le mehlolo eo Jehova a ileng a mo romela hore a e etse naheng ea Egepeta ho Faro le ho bahlanka bohle ba hae le ho naha eohle ea hae,+ 12 le mabapi le letsoho lohle le matla le ho susumetsa tšabo hohle ho hoholo hoo Moshe a ileng a ho sebelisa ka pel’a mahlo a Baiseraele bohle.+