Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • bi12 Ruthe 1:1-4:22
  • Ruthe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ruthe
  • Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
Ruthe

Ruthe

1 Joale eitse matsatsing ao baahloli+ ba neng ba phethahatsa toka ka ’ona tlala+ ea e-ba teng naheng, eaba monna e mong o qala ho tloha Bethlehema+ e Juda ho ea lula e le mojaki naheng ea Moabe,+ eena le mosali oa hae le bara ba hae ba babeli. 2 Lebitso la monna eo e ne e le Elimeleke, lebitso la mosali oa hae e ne e le Naomi, ’me mabitso a bara ba hae ba babeli e ne e le Mahalone le Kilione, Baefratha+ ba tsoang Bethlehema e Juda. Qetellong ba fihla naheng ea Moabe eaba ba lula teng.

3 Ka mor’a nako Elimeleke monna oa Naomi a shoa, hoo Naomi a ileng a sala le bara ba hae ba babeli. 4 Hamorao banna bao ba inkela basali, basali ba Bamoabe.+ Lebitso la e mong e ne e le Orpa, ’me lebitso la e mong e le Ruthe.+ Ba tsoela pele ho lula moo ka lilemo tse ka bang leshome. 5 Ka mor’a nako ka bobeli, Mahalone le Kilione, le bona ba shoa, hoo mosali eo a ileng a sala a se na bana ba hae ba babeli le monna oa hae. 6 A tloha le lingoetsi tsa hae ’me a khutla naheng ea Moabe, kaha o ne a utloile a le naheng ea Moabe hore Jehova o ne a lebisitse tlhokomelo ea hae ho sechaba sa hae+ ka ho se fa bohobe.+

7 A tloha sebakeng seo a neng a lula ho sona,+ ’me lingoetsi tsa hae ka bobeli li ne li e-na le eena, ’me ba ’na ba tsamaea tseleng ho khutlela naheng ea Juda. 8 Qetellong Naomi a re ho lingoetsi tsa hae ka bobeli: “Tsamaeang, e mong le e mong a khutlele ntlong ea ’m ’ae. E se eka Jehova a ka le bontša mosa o lerato,+ feela joalokaha le o bontšitse ho banna ba seng ba shoele le ho ’na.+ 9 E se eka Jehova a ka le fa mpho,+ ’me le fumane sebaka sa phomolo+ e mong le e mong ntlong ea monna oa hae.” Joale a ba aka,+ ’me ba qala ho phahamisa mantsoe ba lla. 10 Ba ’na ba re ho eena: “Che, empa re tla khutlela le uena bathong ba heno.”+ 11 Empa Naomi a re: “Khutlang, barali ba ka. Ke hobane’ng ha le lokela ho tsamaea le ’na? Na ke sa ntse ke e-na le bara lithong tsa ka tse ka hare, ’me na ba tla lokela ho ba banna ba lōna?+ 12 Khutlang, barali ba ka, le tsamaee, kaha ke se ke tsofetse haholo hore nka ba oa monna. Haeba ke ne ke itse ke na le tšepo ea hore ka sebele ke tla ba oa monna bosiung bona le hore ka sebele ke tla boela ke tsoale bara,+ 13 na le ne le tla ’ne le ba letele ho fihlela ba hōla? Na le ne le tla ipoloka boinotšing bakeng sa bona e le hore le se ke la ba ba banna? Che, barali ba ka, etsoe ho bohloko haholo ho ’na ka lebaka la lōna, hore ebe letsoho la Jehova le tsoile khahlanong le ’na.”+

14 Eaba ba phahamisa mantsoe ’me ba lla hape, ka mor’a moo Orpa a aka ’m ’ae matsale. Ha e le Ruthe, a mo khomarela.+ 15 Kahoo a re: “Bona! Ngoetsi-’moho le uena ea mohlolohali e khutletse ho batho ba habo eona le ho melimo ea habo eona.+ Khutla le ngoetsi-’moho le uena ea mohlolohali.”+

16 Ruthe a re: “U se ke ua nkōpa ka tieo hore ke u tlohele, ke khutle ke se ke ka tsamaea le uena; kaha ke tla ea moo u eang teng, ’me ke tla hlola bosiu moo u hlolang bosiu teng.+ Batho ba heno e tla ba batho ba heso,+ ’me Molimo oa hao e tla ba Molimo oa ka.+ 17 Ke tla shoela moo u shoelang teng,+ ’me ke hona moo ke tla pateloa teng. E se eka Jehova a ka nketsa joalo ’me a ekelletsa+ ho seo haeba ntho leha e le efe haese lefu e ka hlahisa karohano pakeng tsa ka le uena.”

18 Ha a bona hore o phehella hore a tsamaee le eena,+ joale a tlohela ho bua le eena. 19 Ba tsoela pele ho tsamaea ho fihlela ba fihla Bethlehema.+ Eare hang ha ba fihlile Bethlehema, motse oohle oa ferekana ka lebaka la bona,+ ’me basali ba ’na ba re: “Na enoa ke Naomi?”+ 20 ’Me o ne a re ho basali bao: “Le se ke la mpitsa Naomi. Le mpitse Mara, kaha Ea Matla ’Ohle+ o nkutloisitse bohloko haholo.+ 21 Ke ne ke tletse ha ke e-ea,+ ’me Jehova o entse hore ke khutle ke sa nka letho.+ Le mpitsetsa’ng Naomi, ha e le Jehova ea nkokobelitseng+ le Ea Matla ’Ohle ea mpaketseng tlokotsi?”+

22 Kahoo Naomi a khutla, Ruthe mosali oa Momoabe, ngoetsi ea hae, a e-na le eena ha a khutla naheng ea Moabe;+ ba fihla Bethlehema+ qalong ea kotulo ea harese.+

2 Joale Naomi o ne a e-na le mong+ ka monna oa hae, monna ea nang le leruo le lengata,+ oa lelapa la habo Elimeleke, ’me lebitso la hae e ne e le Boaze.+

2 Ka mor’a moo Ruthe mosali oa Momoabe a re ho Naomi: “Ka kōpo, e-re ke ee masimong ’me ke e’o khoahlapisa+ har’a liqoapi tsa lijo-thollo ke ntse ke latela ka mor’a mang kapa mang eo nka fumanang kamohelo mahlong a hae.” Kahoo a re ho eena: “E-ea, morali oa ka.” 3 A tsamaea eaba oa kena ’me o qala ho khoahlapisa tšimong ka mor’a bakotuli.+ Kahoo a kena tšimong ea Boaze,+ eo e neng e le oa lelapa la habo Elimeleke.+ 4 Bonang! Boaze a tla a tsoa Bethlehema ’me a re ho bakotuli: “Jehova a be le lōna.”+ Le bona ba re ho eena: “Jehova a u hlohonolofatse.”+

5 Ka mor’a moo Boaze+ a re ho mohlankana ea neng a behiloe hore a okamele bakotuli: “Mosali enoa e mocha ke oa mang?” 6 Kahoo mohlankana ea neng a behiloe hore a okamele bakotuli a araba a re: “Mosali enoa e mocha ke mosali oa Momoabe,+ ea khutlileng le Naomi naheng ea Moabe.+ 7 Joale mosali eo e mocha a re, ‘Ka kōpo, a nke ke khoahlapise,+ ’me ka sebele ke tla bokella har’a liqoapi tse hetsoeng tsa lijo-thollo ka mor’a bakotuli.’ Kahoo a kena ’me a ’na a ema ho tloha ka nako eo hoseng ho fihlela hona joale ha a lula fatše ka tlung ka nakoana.”+

8 Hamorao Boaze a re ho Ruthe: “U utloile morali oa ka, na ha ho joalo? U se ke ua tloha ho ea khoahlapisa tšimong e ’ngoe,+ ’me u se ke ua tšela ho tloha sebakeng sena, ’me ka tsela eo u lokela ho lula haufi le baroetsana ba ka.+ 9 Mahlo a hao a ke a be tšimong eo ba tla e kotula, ’me u tsamaee le bona. Na ha kea laela bahlankana hore ba se ke ba u ama?+ Ha u nyoriloe, u ee lijaneng ’me u noe seo bahlankana ba tla se kha.”+

10 A itihela fatše ka sefahleho ’me a inamela fatše+ a re ho eena: “Ho tla joang hore ebe ke fumane kamohelo mahlong a hao hoo ke eloang hloko, le hoja ke le osele?”+ 11 Joale Boaze a araba a re ho eena: “Ke ile ka tlaleheloa+ ka botlalo ka sohle seo u se entseng ho ’m ’ao matsale ka mor’a lefu la monna oa hao,+ le kamoo u ileng ua tsoela pele ho siea ntat’ao le ’m ’ao le naha ea beng ka uena le ho ea bathong bao u neng u sa ka ua ba tseba pele.+ 12 E se eka Jehova a ka putsa tsela eo u sebetsang ka eona,+ ’me e se eka ho ka ba le moputso o phethahetseng+ bakeng sa hao o tsoang ho Jehova Molimo oa Iseraele, eo u tlil’o batla setšabelo tlas’a mapheo a hae.”+ 13 Eaba o re: “Moren ’a ka, a nke ke fumane kamohelo mahlong a hao, kahobane u ntšelisitse le kahobane u buile ka mokhoa o khothatsang ho lekhabunyane la hao,+ le hoja ke se joaloka e mong oa makhabunyane a hao.”+

14 Boaze a re ho eena nakong ea lijo: “Atamela mona, ’me u je bohobe+ ’me u qopetse sengoathoana sa hao aseneng.” Kahoo a lula fatše ka thōko ho bakotuli, ’me o ne a mo nanabeletsa lijo-thollo tse halikiloeng+ ’me o ne a ja, hoo a ileng a khora ’me leha ho le joalo o ne a saletsoe ke ho hong. 15 Joale a ema ho ea khoahlapisa.+ Eaba Boaze o laela bahlankana ba hae, o re: “E-reng a khoahlapise le har’a liqoapi tse hetsoeng tsa lijo-thollo, ’me le se ke la mo tšoenya.+ 16 Hape le lokela ho tiiseha hore le mo rutlela tse ling mangateng a liqoapi, le li siee ka morao e le hore a li khoahlapise,+ ’me le se ke la mo khalemela ka thata.”

17 A tsoela pele ho khoahlapisa tšimong ho fihlela ka shoalane,+ ’me ka mor’a moo a pola+ seo a neng a se khoahlapisitse, ’me ea e-ba hoo e ka bang efa+ ea harese. 18 Joale a e nka ’me a kena motseng, ’me ’m ’ae matsale a bona seo a neng a se khoahlapisitse. Ka mor’a moo a ntša lijo tse neng li mo saletse+ ha a khotše ’me a mo fa tsona.

19 Joale ’m ’ae matsale a re ho eena: “U ile ua khoahlapisa hokae kajeno, ’me u ile ua sebetsa hokae? E se eka ea ileng a u ela hloko a ka hlohonolofatsoa.”+ Kahoo a bolella ’m ’ae matsale motho eo a neng a sebelitse le eena; ’me a tsoela pele ho re: “Lebitso la monna eo ke sebelitseng le eena kajeno ke Boaze.” 20 Eaba Naomi o re ho ngoetsi ea hae: “E se eka a ka hlohonolofatsoa ke Jehova,+ ea sa tlohelang mosa oa hae o lerato+ ho ba phelang le ho bafu.”+ Naomi a tsoela pele ho re ho eena: “Monna eo o amana le rōna.+ Ke e mong oa barekolli ba rōna.”+ 21 Joale Ruthe mosali oa Momoabe a re: “Hape o itse ho ’na, ‘U lokela ho lula haufi le bacha ba ka ho fihlela ba qetile kotulo eohle eo ke nang le eona.’”+ 22 Kahoo Naomi+ a re ho ngoetsi+ ea hae Ruthe: “Morali oa ka, ho molemo hore u tsoe le baroetsana ba hae, e le hore ba se ke ba u tšoenya tšimong e ’ngoe.”+

23 A tsoela pele ho lula haufi le baroetsana ba Boaze ho khoahlapisa ho fihlela kotulo ea harese+ le kotulo ea koro e fela. A ’na a lula le ’m ’ae matsale.+

3 Joale Naomi ’m ’ae matsale a re ho eena: “Morali oa ka, na ha kea tšoanela ho u batlela sebaka sa phomolo,+ e le hore lintho li ka u tsamaela hantle? 2 Joale, na Boaze, eo u hlotseng u e-na le baroetsana ba hae, hase mong ka rōna?+ Bona! Bosiung bona o olōsa+ harese seotlong. 3 U itlhatsoe ’me u itlotse ka oli+ u apare liaparo tsa hao tsa ka holimo+ ’me u theohele seotlong. U se ke ua itsebahatsa ho monna eo ho fihlela a qetile ho ja le ho noa. 4 Etlare ha a robala, u ele hloko sebaka seo a robalang ho sona; ’me u tle u apole maoto a hae u robale; o tla u bolella seo u tšoanelang ho se etsa.”

5 Eaba o re ho eena: “Ke tla etsa sohle seo u mpolellang sona.” 6 A theohela seotlong ’me a etsa ho ea ka sohle seo ’m ’ae matsale a neng a mo laetse sona. 7 Khabareng Boaze a ja ’me a noa, ’me pelo ea hae e ne e ikutloa e thabile.+ Joale a ea robala qetellong ea setha sa lijo-thollo. Ka mor’a moo Ruthe a tla a nyonyoba ’me a apola maoto a hae eaba oa robala. 8 Eitse har’a mp’a bosiu monna eo a qala ho thothomela. Kahoo a inama, ’me, bonang! mosali o ne a robetse maotong a hae! 9 Joale a re: “U mang?” Eaba o re: “Ke ’na lekhabunyane la hao Ruthe, u apese lekhabunyane la hao seaparo sa hao, kaha u morekolli.”+ 10 Eaba o re: “E se eka Jehova a ka u hlohonolofatsa,+ morali oa ka. U bontšitse mosa oa hao o lerato+ hamolemo lekhetlong la ho qetela ho feta lekhetlong la pele,+ ka ho se sale bahlankana morao ebang ke ba tlaase kapa ba ruileng. 11 Joale, morali oa ka, u se ke ua tšaba. Ke tla u etsetsa sohle seo u se bolelang,+ kaha e mong le e mong ea hekeng ea batho ba heso oa hlokomela hore u mosali ea khabane ka ho fetisisa.+ 12 Joale le hoja e le ’nete hore ke morekolli,+ ho boetse ho na le morekolli ea amanang le uena haufi-ufi ho mpheta.+ 13 Lula mona bosiung bona, ’me hoseng haeba o tla u rekolla,+ ho tla be ho lokile! A ke a rekolle. Empa haeba a sa khahloe ke ho u rekolla, joale ke tla u rekolla, ka Jehova ea phelang.+ Tsoela pele ho robala ho fihlela hoseng.”

14 A tsoela pele ho robala maotong a hae ho fihlela hoseng a ntan’o tsoha pele mang kapa mang a hlokomela e mong. Joale Boaze a re: “U se ke ua tsebahatsa hore mosali o ne a tlile seotlong.”+ 15 A tsoela pele ho re: “Tlisa seaparo sa hao sa ka holimo, ’me u se phutholle.” Kahoo a se phutholla, ’me a lekanya litekanyo tse tšeletseng tsa harese a li beha holim ’a hae, ka mor’a moo a kena motseng.

16 A tsamaea ho ea ho ’m ’ae matsale, eo joale a ileng a re: “U mang, morali oa ka?” Ka lebaka leo a mo bolella ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo monna eo a neng a mo entse eona. 17 A tsoela pele ho re: “O mphile litekanyo tsena tse tšeletseng tsa harese, kaha o itse ho ’na, ‘U se ke ua fihla u sa nka letho ho ’m ’ao matsale.’”+ 18 Eaba o re: “Lula u khutsitse, morali oa ka, ho fihlela u tseba kamoo taba eo e tla fella kateng, kaha monna eo a ke ke a ba le phomolo ntle le hore a phethe taba eo kajeno.”+

4 Ha e le Boaze, a nyolohela hekeng+ ’me a qala ho lula moo. Bonang! morekolli o ne a feta ka tsela, eo Boaze a neng a mo boletse.+ Joale a re: “’Nyeo, fapohela, u lule mona.” Kahoo a fapohela ’me a lula fatše. 2 Ka mor’a moo a nka banna ba leshome ho banna ba baholo+ ba motse a re: “Lulang mona.” Kahoo ba lula.

3 Joale a re ho morekolli:+ “Tšimo eo e neng e le ea mor’abo rōna Elimeleke,+ Naomi, ea khutlileng naheng ea Moabe,+ o tla e rekisa. 4 Ha e le ’na, ke ile ka nahana hore ke lokela ho u senolela sena, ka ho re, ‘E reke+ ka pel’a baahi le banna ba baholo ba batho ba heso.+ Haeba u tla e rekolla, e rekolle; empa haeba u ke ke ua e rekolla, mpolelle, e le hore nka tseba, kaha ha ho e mong osele haese uena ea ka rekollang,+ ’me kea u latela.’” Eaba o re: “E tla ba ’na ea e rekollang.”+ 5 Joale Boaze a re: “Letsatsing leo ka lona u rekang tšimo letsohong la Naomi, u tla e reka ho Ruthe mosali oa Momoabe, mosali oa monna ea shoeleng, e le hore ho ka tsosoa lebitso la monna ea shoeleng holim ’a lefa la hae.”+ 6 Eaba morekolli o re: “Ha ke khone ho ithekollela eona, esere ka senya lefa la ka. Ithekollele eona ka tokelo ea ka ea thekollo, hobane ha ke khone ho rekolla.”

7 Joale ena e ne e le tloaelo ea linakong tsa pele Iseraele malebana le tokelo ea thekollo le malebana le phapanyetsano, ho tiisa ntho ea mofuta o mong le o mong: Monna o ne a lokela ho rōla moqathatso oa hae+ ’me a o fe oa habo, ’me sena e ne e le bopaki Iseraele. 8 Kahoo ha morekolli a re ho Boaze: “Ithekele eona,” a rōla moqathatso oa hae.+ 9 Joale Boaze a re ho banna ba baholo le batho bohle: “Kajeno le lipaki+ tsa hore ke reka sohle seo e neng e le sa Elimeleke le sohle seo e neng e le sa Kilione le Mahalone letsohong la Naomi. 10 Ke ithekela le Ruthe mosali oa Momoabe, mosali oa Mahalone, hore e be mosali oa ka ho tsosa lebitso la monna ea shoeleng+ lefeng la hae le hore lebitso la monna ea shoeleng le se ke la felisoa har’a barab’abo le hekeng ea sebaka sa habo. Kajeno le lipaki.”+

11 Eaba batho bohle ba neng ba le hekeng le banna ba baholo ba re: “Re lipaki! E se eka Jehova a ka lumella mosali ea tlang ka tlung ea hao ho ba joaloka Ragele+ le joaloka Lea,+ bao ka bobeli ba hahileng ntlo ea Iseraele;+ ’me u pake bohlokoa ba hao Efratha+ le ho etsa lebitso le tummeng Bethlehema.+ 12 E se eka ntlo ea hao e ka ba joaloka ntlo ea Pereze, eo Tamare a ileng a mo tsoalla Juda,+ ka bana bao Jehova a tla u fa bona ka mosali enoa e mocha.”+

13 Ka lebaka leo Boaze a nka Ruthe ’me ea e-ba mosali oa hae ’me a kopanela liphate le eena. Kahoo Jehova a mo lumella ho emola+ ’me a tsoala mora. 14 Basali ba qala ho re+ ho Naomi: “Ho bokoe Jehova,+ ea sa tlohelang hore ho hlokehe morekolli bakeng sa hao kajeno; e le hore lebitso la hae le ka phatlalatsoa Iseraele. 15 O fetohile ea hlasimollang moea oa hao le ea hlokomelang botsofali ba hao,+ hobane ngoetsi ea hao e u ratang,+ e molemo ho uena ho feta bara ba supileng,+ e mo tsoetse.” 16 Naomi a nka ngoana le ho mo beha sefubeng sa hae, ’me ea e-ba mohlokomeli oa hae. 17 Joale basali ba baahelani+ ba mo reha lebitso, ba re: “Naomi o tsoaletsoe mora.” Ba qala ho mo reha lebitso la Obede.+ Ke eena ntat’a Jese,+ ntat’a Davida.

18 Joale ena ke meloko ea Pereze:+ Pereze a tsoala Hezrone;+ 19 Hezrone a tsoala Rame; Rame+ a tsoala Aminadabe; 20 Aminadabe+ a tsoala Nashone;+ Nashone a tsoala Salmone; 21 Salmone+ a tsoala Boaze; Boaze+ a tsoala Obede; 22 Obede a tsoala Jese;+ Jese a tsoala Davida.+

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela