Ea Pele ea Samuele
kapa, ho ea ka Septuagint ea Segerike, EA PELE EA MARENA
1 Joale ho ne ho e-na le monna ea itseng oa Ramathaime-zofime+ e sebakeng se lithaba sa Efraime,+ ’me lebitso la hae e le Elkana,+ mora oa Jerohame, mora oa Elihu, mora oa Tohu, mora oa Zufe,+ Moefraime. 2 O ne a e-na le basali ba babeli, lebitso la e mong e le Anna, ’me lebitso la e mong e le Penina. Penina a ba le bana, empa Anna o ne a se na bana.+ 3 Monna eo o ne a nyoloha motseng oa habo selemo le selemo ho ea itihela fatše ka sefahleho+ le ho etsetsa Jehova oa mabotho sehlabelo Shilo.+ Ke hona moo bara ba babeli ba Eli, Hofni le Finease,+ e neng e le baprista ba Jehova.+
4 Ha e-ba le letsatsi la hore Elkana a etse sehlabelo, ’me a fa mosali oa hae Penina le bara bohle ba hae le barali ba hae likabelo;+ 5 empa a fa Anna kabelo e le ’ngoe. Leha ho le joalo o ne a rata Anna,+ ’me, ha e le Jehova, o ne a koetse pōpelo ea hae.+ 6 Mohalitsong oa hae le eena o ne a mo tšoenya+ haholo ka morero oa ho etsa hore a ikutloe a ferekane kahobane Jehova a ne a koetse pōpelo ea hae. 7 O ne a etsa ka tsela eo selemo le selemo,+ nako le nako ha a ne a nyolohela ka tlung ea Jehova.+ O ne a mo tšoenya ka tsela eo, hoo a neng a lla ’me a sa je. 8 Monna oa hae Elkana a re ho eena: “Anna, u llela’ng, ke hobane’ng ha u sa je, ’me ke hobane’ng ha pelo ea hao e utloile bohloko?+ Na ha ke molemo ho uena ho feta bara ba leshome?”+
9 Joale Anna a ema ha ba qetile ho ja ba le Shilo le ha ba qetile ho noa, ha moprista Elia a ntse a lutse holim ’a setulo se haufi le kosene ea monyako oa tempele+ ea Jehova. 10 Moea oa hae o ne o utloile bohloko,+ eaba o qala ho rapela Jehova+ ’me o lla haholo.+ 11 A tsoela pele ho etsa boitlamo+ ’me a re: “Jehova oa mabotho, haeba ruri u tla talima mahloreho a lekhabunyane+ la hao ’me u nkhopole,+ ’me u ke ke ua lebala lekhabunyane la hao ’me u tla fa lekhabunyane la hao ngoana e motona, ke tla mo fa Jehova ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hae, ’me ha ho lehare le tla feta hloohong ea hae.”+
12 Ha a ntse a rapela halelele+ ka pel’a Jehova, Eli o ne a mo shebile molomong. 13 Ha e le Anna, o ne a ntse a buela ka pelong;+ ke molomo oa hae feela o neng o thothomela, ’me lentsoe la hae le ne le sa utloahale. Empa Eli a nka hore o tahiloe.+ 14 Kahoo Eli a re ho eena: “U tla itšoara joaloka ea tahiloeng halelele hakae?+ Tlosa veine ea hao ho uena.” 15 Anna a araba a re: “Che, moren ’a ka! ’Na ke mosali ea tšoenyehileng moeeng; ha kea noa veine le joala bo tahang, empa ke tšollela moea oa ka ka pel’a Jehova.+ 16 U se ke ua etsa lekhabunyane la hao joaloka mosali ea se nang molemo,+ etsoe ke ka lebaka la ho tšoenyeha ha ka ho hoholo le khalefo ea ka ke buileng ho fihlela joale.”+ 17 Joale Eli a araba a re: “Tsamaea ka khotso,+ ’me e se eka Molimo oa Iseraele a ka phethahatsa kōpo ea hao e matla eo u e kōpileng ho eena.”+ 18 Eaba o re: “Lekhabunyane la hao le ke le fumane kamohelo mahlong a hao.”+ Mosali eo a tsamaea ’me a ja,+ ’me sefahleho sa hae ha sea ka sa hlola se tšoenyeha.+
19 Joale ba tsoha hoseng haholo ’me ba itihela fatše ka lifahleho ka pel’a Jehova, ka mor’a moo ba khutla ’me ba kena ka tlung ea bona Rama.+ Joale Elkana a kopanela liphate+ le mosali oa hae Anna, ’me Jehova a qala ho mo hopola.+ 20 Kahoo eitse ha selemo se thoasa Anna a ima eaba o tsoala mora ’me o mo reha lebitso+ la Samuele, hobane, o ne a re, “ke mo kōpile+ ho Jehova.”
21 Ka mor’a nako monna eo Elkana a nyoloha le lelapa lohle la hae ho ea etsetsa Jehova sehlabelo sa selemo le selemo+ le nyehelo ea hae ea boitlamo.+ 22 Ha e le Anna, ha aa ka a nyoloha,+ kaha o ne a itse ho monna oa hae: “Hang ha moshanyana a khoesitsoe,+ ke tla mo tlisa, ’me o tla hlaha ka pel’a Jehova ’me a lule moo ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”+ 23 Eaba monna oa hae+ Elkana o re ho eena: “Etsa se molemo mahlong a hao.+ Lula hae ho fihlela u mo khoesa. Feela e se eka Jehova a ka phetha lentsoe la hae.”+ Kahoo mosali eo a lula hae ’me a ’na a anyesa mora oa hae ho fihlela a mo khoesa.+
24 Ka lebaka leo hang feela ha a mo khoesitse, a nyoloha le eena, hammoho le poho e lilemo li tharo le efa e le ’ngoe ea phofo le nkho e khōlō ea veine,+ ’me a kena ka tlung ea Jehova e Shilo.+ Moshanyana o ne a e-na le eena. 25 Joale ba hlaba poho eo ’me ba tlisa moshanyana ho Eli.+ 26 Eaba o re: “Ntšoarele, moren ’a ka! Ka moea oa hao o phelang,+ moren ’a ka, ke ’na mosali ea neng a eme le uena sebakeng sena ho rapela Jehova.+ 27 E ne e le mabapi le moshanyana enoa ke neng ke rapela hore Jehova a phethahatse kōpo ea ka e matla+ eo ke mo kōpileng eona.+ 28 ’Na, ke alimane ka eena ho Jehova.+ Ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hae, o kōpetsoe Jehova.”
Eaba Elkana o inamela Jehova moo.+
2 Anna a tsoela pele ho rapela+ a re:
“Pelo ea ka e thabela Jehova,+
Ka sebele lenaka la ka le phahamisitsoe ho Jehova.+
Molomo oa ka o ahlame khahlanong le lira tsa ka,
Etsoe ke ithabela polokong e tsoang ho uena.+
2 Ha ho ea halalelang joaloka Jehova, etsoe ha ho e mong haese uena;+
Ha ho lefika le joaloka Molimo oa rōna.+
3 Le se ke la bua ka boikhohomoso bo boholo hakana,
Le se ke la tlohela letho ho tsoa melomong ea lōna ntle le boithibo,+
Etsoe Jehova ke Molimo oa tsebo,+
O lekanya liketso ka nepo.+
7 Jehova ke Ea Bakang Bofutsana+ le Ea Ruisang,+
Ke Mokokobetsi, le Mophahamisi,+
8 Ke Mophahamisi oa ea tlaase lerōleng;+
O phahamisa mofutsana sekoting sa molora,+
Ho etsa hore ba lule le bahlomphehi; o ba fa terone ea khanya+ e le leruo.+
Etsoe litšehetso tsa lefatše ke tsa Jehova,+
O beha naha e behang holim ’a tsona.
9 O lebela maoto a ba tšepahalang ba hae;+
Ha e le ba khopo, ba khutsisoa lefifing,+
Etsoe hase ka matla motho e bang ea phahameng.+
10 Ha e le Jehova, ba tsekang khahlanong le eena ba tla haroha matsoalo;+
O tla luma khahlanong le bona a le maholimong.+
Jehova o tla ahlola lipheletso tsa lefatše,+
E le hore a ka fa morena oa hae matla,+
E le hore a ka phahamisa lenaka la motlotsuoa oa hae.”+
11 Joale Elkana a ea Rama ntlong ea hae; ha e le moshanyana, ea e-ba mosebeletsi+ oa Jehova ka pel’a moprista Eli.
12 Joale bara ba Eli e ne e le banna ba se nang molemo;+ ba ne ba sa ele Jehova hloko.+ 13 Ha e le ka tokelo e loketseng ea baprista e tsoang ho sechaba,+ neng kapa neng ha motho leha e le ofe a ne a nyehela sehlabelo, mohlanka oa moprista o ne a tla ka fereko e meno a mararo letsohong la hae, ha nama e ntse e phehiloe,+ 14 ’me o ne a hlaba ka eona ka sekotlolong kapa ka pitseng e mehele e ’meli kapa ka kasteroleng kapa ka pitseng e mohele o mong. Ntho leha e le efe eo fereko e neng e ka e ntša moprista o ne a inkela eona. Ba ne ba etsa ka tsela eo Shilo ho Baiseraele bohle ba tlang moo.+ 15 Hape, le pele ba ka etsa hore mafura a kubelle,+ mohlanka oa moprista o ne a tla ’me a re ho motho ea etsang sehlabelo: “Fana ka nama e tla besetsoa moprista e le hore a ka amohela ho uena nama e tala, eseng e phehiloeng.”+ 16 Ha motho eo a ne a re ho eena: “E-re ba tiise hore pele ho tsohle ba etsa hore mafura a kubelle.+ Joale ebe u inkela eng kapa eng feela eo moea oa hao o ka e lakatsang,”+ o ne a re: “Che, empa u lokela ho fana ka eona hona joale; ho seng joalo, ke tla lokela ho e nka ka likhoka!”+ 17 Sebe sa bahlanka bao sa e-ba seholo haholo ka pel’a Jehova;+ etsoe banna bao ba ne ba hlompholla nyehelo ea Jehova.+
18 Samuele o ne a sebeletsa+ ka pel’a Jehova, e le moshanyana, a itlamile ka efoda ea line.+ 19 Hape, ’m ’ae o ne a mo etsetsa seaparo se senyenyane se se nang matsoho, ’me o ne a mo tlisetsa sona selemo le selemo ha a ne a nyoloha le monna oa hae ho tla etsa sehlabelo sa selemo le selemo.+ 20 Eli a hlohonolofatsa+ Elkana le mosali a re: “E se eka Jehova a ka u fa bana ka mosali enoa sebakeng sa se alimanoeng, se alimiloeng Jehova.”+ Ba ea sebakeng sa bona. 21 Ka lebaka leo Jehova a lebisa tlhokomelo ho Anna,+ hoo a ileng a ima ’me a tsoala bara ba bararo le barali ba babeli.+ Moshanyana Samuele a tsoela pele ho hōlela ho Jehova.+
22 Eli o ne a tsofetse haholo, ’me o ne a utloile+ ka tsohle tseo bara ba hae ba neng ba ntse ba li etsa+ ho Baiseraele bohle le kamoo ba neng ba robala le basali+ ba neng ba sebeletsa monyakong oa tente ea pokano.+ 23 O ne a re ho bona:+ “Ke hobane’ng ha le ntse le etsa lintho tse tjee?+ Etsoe lintho tseo ke li utloang ka lōna ho batho bohle li mpe.+ 24 Che,+ bara ba ka, hobane tlaleho eo ke e utloang ha e ntle, eo batho ba Jehova ba etsang hore e phatlalatsoe.+ 25 Haeba motho a siteloa motho,+ Molimo o tla mo ahlolela;+ empa haeba motho a ka siteloa Jehova,+ ke mang ea tla mo rapella?”+ Empa ba ne ba sa mamele lentsoe la ntat’a bona,+ hobane joale Jehova o ne a khahliloe ke ho ba bolaea.+ 26 Ka nako eo eohle moshanyana Samuele o ne a ntse a hōla ’me a rateha ka ho eketsehileng ponong ea Jehova le ea batho.+
27 Monna oa Molimo+ a tla ho Eli a re ho eena: “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Na kannete ha kea ka ka itšenola ho ba ntlo ea moholo-holo oa hao ha ba ntse ba le Egepeta e le makhoba ntlong ea Faro?+ 28 Ke ile ka khetheloa eena melokong eohle ea Iseraele,+ hore a sebeletse e le moprista ’me a hloelle aletareng+ ea ka ho etsa hore mosi oa sehlabelo o kubelle, ho jara efoda ka pel’a ka, e le hore nka fa ntlo ea moholo-holo oa hao linyehelo tsohle tse entsoeng ka mollo tsa bara ba Iseraele.+ 29 Ke hobane’ng ha le ntse le raha sehlabelo+ sa ka le nyehelo ea ka eo ke e laetseng sebakeng sa ka sa bolulo,+ ’me le ntse le hlompha bara ba lōna ho mpheta ka hore le inontše+ ka tse ntlehali tsa nyehelo e ’ngoe le e ’ngoe ea sechaba sa ka sa Iseraele?+
30 “‘Ke ka lebaka leo Jehova Molimo oa Iseraele a bolelang: “Ka sebele ke itse, Ha e le ntlo ea hao le ntlo ea moholo-holo oa hao, li tla tsamaea ka pel’a ka ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”+ Empa joale se boleloang ke Jehova ke hore: “Ke ho sa utloahaleng bakeng sa ka, hobane ba ntlhomphang+ ke tla ba hlompha,+ ’me ba ’nyelisang e tla ba bao e seng ba bohlokoa.”+ 31 Bona! Matsatsi aa tla ao ka ’ona ka sebele ke tla poma letsoho la hao le letsoho la ntlo ea moholo-holo oa hao, hoo ho ke keng ha e-ba le monna-moholo ka tlung ea hao.+ 32 U tla talima mohanyetsi sebakeng sa ka sa bolulo har’a tsohle tse molemo tse etsoang ho Iseraele;+ ’me le ka mohla ho ke ke ha e-ba le monna-moholo ka tlung ea hao. 33 Leha ho le joalo ho na le monna oa heno eo nke keng ka mo tlosa aletareng ea ka e le hore ke etse hore mahlo a hao a felloe ke matla ’me ke etse hore moea oa hao o tepelle; empa ba bangata ba ntlo ea hao ba tla bolaoa kaofela ka sabole ea batho.+ 34 Ena ke pontšo bakeng sa hao e tlang ho tla ho bara ba hao ba babeli, Hofni le Finease:+ Ka bobeli ba tla shoa ka letsatsi le le leng.+ 35 Ka sebele ke tla itlhahisetsa moprista ea tšepahalang.+ O tla etsa ho tumellanong le se ka pelong ea ka le se moeeng oa ka; ka sebele ke tla mo hahela ntlo e tšoarellang, ’me ka sebele o tla tsamaea ka pel’a motlotsuoa+ oa ka kamehla. 36 Mang kapa mang ea setseng+ ka tlung ea hao o tla tla ’me a iname ka pel’a hae bakeng sa tefo ea chelete le polokoe ea bohobe, ’me ka sebele o tla re: “Ka kōpo, nkabele boemong bo bong ba boprista hore ke je sengoathoana sa bohobe.”’”+
3 Ka nako eo eohle moshanyana Samuele o ne a sebeletsa+ Jehova ka pel’a Eli, ’me lentsoe le tsoang ho Jehova+ le ne le fumaneha ka seoelo matsatsing ao;+ lipono+ li ne li sa ata.
2 Joale letsatsing leo Eli o ne a robetse sebakeng sa hae, ’me mahlo a hae a ne a se a qalile ho fifala;+ o ne a sa khone ho bona. 3 Lebone la Molimo le ne le e-s’o time, ’me Samuele o ne a robetse ka tempeleng+ ea Jehova, moo areka ea Molimo e neng e le hona teng. 4 Jehova a bitsa Samuele. Eaba o re: “Ke ’na enoa.”+ 5 A qala ho mathela ho Eli ’me a re: “Ke ’na enoa, kaha u mpitsitse.” Empa a re: “Ha kea u bitsa. Robala hape.” Kahoo a tsamaea ’me a robala. 6 Jehova a tsoela pele ho bitsa hape: “Samuele!”+ Eaba Samuele oa ema o ea ho Eli o re: “Ke ’na enoa, kaha u mpitsitse.” Empa a re: “Ha kea u bitsa, mora oa ka.+ Robala hape.” 7 (Ha e le Samuele, o ne a e-s’o tsebe Jehova, ’me o ne a e-s’o qale ho senoleloa lentsoe la Jehova.)+ 8 Kahoo Jehova a boela a bitsa ka lekhetlo la boraro: “Samuele!” Eaba oa ema o ea ho Eli ’me o re: “Ke ’na enoa, kaha e tlameha ebe u mpitsitse.”
Eli a qala ho lemoha hore ke Jehova ea neng a bitsa moshanyana eo. 9 Ka lebaka leo Eli a re ho Samuele: “Tsamaea, u robale, ’me haeba a ka u bitsa, u tla re, ‘Bua, Jehova, etsoe mohlanka oa hao o mametse.’” Kahoo Samuele a tsamaea ’me a robala sebakeng sa hae.
10 Joale Jehova a tla eaba oa ema ’me o bitsa joaloka makhetlong a mang: “Samuele, Samuele!” Eaba Samuele o re: “Bua, etsoe mohlanka oa hao o mametse.”+ 11 Jehova a tsoela pele ho re ho Samuele: “Bona! Ke etsa+ ho hong Iseraele hoo haeba mang kapa mang a utloa ka hona, litsebe tsa hae li tla hlohlona.+ 12 Letsatsing leo ke tla phetha ho Eli sohle seo ke se buileng mabapi le ntlo ea hae, ho tloha qalong ho ea qetellong.+ 13 U mo bolelle hore ke ahlola ntlo+ ea hae ho isa nakong e sa lekanyetsoang bakeng sa phoso eo a e tsebileng,+ hobane bara ba hae ba rohaka Molimo,+ ’me ha aa ka a ba khalemela ka matla.+ 14 Ke ka lebaka leo ke hlapanyelitseng ntlo ea Eli hore phoso ea ntlo ea Eli e ke ke ea lokolloa kotlong ka sehlabelo kapa ka nyehelo ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”+
15 Samuele a ’na a robala ho fihlela hoseng. Joale a bula mamati a ntlo ea Jehova.+ Samuele o ne a tšaba ho bolella Eli se hlahileng.+ 16 Empa Eli a bitsa Samuele ’me a re: “Samuele, mora oa ka!” Eaba o re: “Ke ’na enoa.” 17 A tsoela pele ho re: “Ke lentsoe lefe leo a u boleletseng lona? Ka kōpo, u se ke ua mpatela lona.+ E se eka Molimo a ka etsa joalo ho uena ’me e se eka a ka ekelletsa ka ho tšoanang ho seo+ haeba u tla mpatela lentsoe mantsoeng ’ohle ao a u boleletseng ’ona.” 18 Kahoo Samuele a mo bolella mantsoe ’ohle, ’me ha aa ka a mo patela letho. Eaba o re: “Ke Jehova. A ke a etse se molemo mahlong a hae.”+
19 Samuele a ’na a hōla, ’me Jehova a ba le eena+ ’me ha aa ka a etsa hore leha e le lefe la mantsoe ’ohle a hae le oele fatše.+ 20 Baiseraele bohle ho tloha Dane ho ea Beerseba+ ba hlokomela hore Samuele o ne a nkoa a tšoaneleha bakeng sa boemo ba moprofeta oa Jehova.+ 21 Jehova a boela a hlaha+ Shilo, hobane Jehova o ile a itšenola ho Samuele Shilo ka lentsoe la Jehova.+
4 Lentsoe la Samuele la boela la tla ho Baiseraele bohle.
Joale Baiseraele ba tsoa ho ea kopana le Bafilista ntoeng; ba hloma liahelo haufi le Ebenezere,+ ’me Bafilista ba hloma liahelo Afeke.+ 2 Bafilista ba qala ho etsa thekō+ ho ea kopana le Baiseraele, ’me ntoa ea tsamaea hampe, hoo Baiseraele ba ileng ba hlōloa ka pel’a Bafilista,+ ba ileng ba bolaea banna ba ka bang likete tse ’nè moleng oa ntoa o kopaneng naheng. 3 Ha batho ba fihla liahelong banna ba baholo ba Iseraele ba qala ho re: “Ke hobane’ng ha Jehova a re hlōtse kajeno ka pel’a Bafilista?+ A re inkeleng areka ea selekane+ sa Jehova e Shilo, e le hore e ka tla har’a rōna ’me ea re pholosa liatleng tsa lira tsa rōna.” 4 Kahoo batho ba romeletsa Shilo ’me ho tloha moo ba jara areka ea selekane sa Jehova oa mabotho, ea lutseng holim ’a likerubime.+ Bara ba babeli ba Eli ba ne ba le moo le areka ea selekane sa Molimo oa ’nete, e leng Hofni le Finease.+
5 Eitse hang ha areka ea selekane sa Jehova e fihla liahelong, Baiseraele bohle ba tlerola mohoo o phahameng,+ hoo lefatše le ileng la tlala pherekano. 6 Bafilista le bona ba utloa molumo oa mohoo ’me ba qala ho re: “Molumo oa mohoo+ oo o phahameng liahelong tsa Baheberu o bolela’ng?” Qetellong ba tseba hore areka ea Jehova e fihlile liahelong. 7 Bafilista ba tšoha, hobane, ba ne ba re: “Molimo o tlile liahelong!”+ Kahoo ba re: “Ho malimabe rōna, kaha ntho e kang ena le ka mohla ha e e-s’o etsahale pele! 8 Ho malimabe rōna! Ke mang ea tla re pholosa letsohong la Molimo eo ea phahameng? Enoa ke Molimo ea ileng a otla Egepeta ka polao ea mofuta o mong le o mong lefeelleng.+ 9 E-bang sebete ’me le be banna, lōna Bafilista, e le hore le se ke la sebeletsa Baheberu feela joalokaha ba le sebelelitse;+ le be banna ’me le loane!” 10 Ka lebaka leo Bafilista ba loana ’me Baiseraele ba hlōloa,+ eaba e mong le e mong o balehela tenteng ea hae;+ ’me polao ea e-ba khōlō haholo,+ hoo ho Baiseraele ho ileng ha oa banna ba likete tse mashome a mararo ba tsamaeang ka maoto.+ 11 Areka ea Molimo ea haptjoa,+ eaba bara ba babeli ba Eli, Hofni le Finease, baa shoa.+
12 Monna oa Benjamine a qala ho matha a tloha moleng oa ntoa hoo a ileng a fihla Shilo letsatsing leo, liaparo tsa hae li hahohile+ ’me a le mobu hloohong.+ 13 Ha a fihla, Eli o ne a lutse setulong ka thōko ho tsela, a lebetse, hobane pelo ea hae e ne e thothomela ka lebaka la areka ea Molimo oa ’nete.+ Monna eo a kena ho ea tlalehela motse, ’me motse oohle oa qala ho hoeletsa. 14 Eli a utloa molumo oa mohoo. Kahoo a re: “Molumo oa morusu oo o bolela’ng?”+ Monna eo a potlaka e le hore a ka kena ’me a tlalehele Eli. 15 (Joale Eli o ne a le lilemo li mashome a robong a metso e robeli, ’me mahlo a hae a ne a sa panye hoo a neng a sa khone ho bona.)+ 16 Monna eo a re ho Eli: “Ke tsoa moleng oa ntoa, ’me ’na—ke balehile moleng oa ntoa kajeno.” Eaba o re: “Ho etsahetse’ng, mora oa ka?” 17 Kahoo ea tlalehang litaba a araba a re: “Baiseraele ba balehile ka pel’a Bafilista, hape ho bile le ho hlōloa ho hoholo har’a batho;+ hape bara ba hao ba babeli ba shoele—Hofni le Finease+—le eona areka ea Molimo oa ’nete e hapuoe.”+
18 Eitse motsotsong oo ka oona a buang ka areka ea Molimo oa ’nete, a qala ho oa setulong ka seetse ka thōko ho heke, ’me a robeha molala hoo a ileng a shoa, hobane monna eo o ne a tsofetse ebile a le boima; o ne a ahlotse Baiseraele ka lilemo tse mashome a mane. 19 Ngoetsi ea hae, mosali oa Finease, e ne e le moimana ’me a le haufi le ho beleha, eaba o utloa tlaleho ea hore areka ea Molimo oa ’nete e hapuoe le hore ntat’ae matsale le monna oa hae ba shoele. Eaba oa inama ’me o qala ho beleha, hobane bohloko bo ile ba mo tlela ka tšohanyetso.+ 20 Ha a le makhatheng a lefu, basali ba emeng pel’a hae ba qala ho bua: “U se ke ua tšoha, hobane u tsoetse mora.”+ Ha aa ka a araba ’me ha aa ka a beha pelo ea hae ho seo. 21 Empa a reha moshanyana eo Ikabode,+ a re: “Khanya e tlohile Iseraele e ile kholehong,”+ sena e le mabapi le ho haptjoa ha areka ea Molimo oa ’nete le mabapi le ntat’ae matsale le monna oa hae.+ 22 Kahoo a re: “Khanya e tlohile Iseraele e ile kholehong,+ hobane areka ea Molimo oa ’nete e hapuoe.”+
5 Ha e le Bafilista, ba ile ba nka areka+ ea Molimo oa ’nete joale ba e tlosa Ebenezere ba e tlisa Ashdode.+ 2 Bafilista ba nka areka ea Molimo oa ’nete ba e tlisa ka tlung ea Dagone ’me ba e beha ka thōko ho Dagone.+ 3 Joale Baashdode ba tsoha hoseng letsatsing le hlahlamang, ’me bonang! Dagone o ne a oetse fatše ka sefahleho ka pel’a areka ea Jehova.+ Kahoo ba nka Dagone ’me ba mo khutlisetsa sebakeng sa hae.+ 4 Ha ba tsoha hoseng letsatsi ka mor’a moo, bonang! Dagone o ne a oetse fatše ka sefahleho ka pel’a areka ea Jehova, ’me Dagone o ne a pomehile hlooho le liatla tsa matsoho ka bobeli, monyako.+ Ho ne ho setse karolo ea tlhapi feela ho eena. 5 Ke ka lebaka leo baprista ba Dagone le bohle ba kenang ka tlung ea Dagone ba sa hateng monyako oa Dagone Ashdode ho fihlela letsatsing lena.
6 Letsoho la Jehova+ la e-ba boima holim ’a Baashdode, eaba o qala ho baka tšabo ’me o ba otla ka ho ruruha ha methapo ea ka morao,+ ke hore, Ashdode le libaka tsa eona. 7 Banna ba Ashdode ba bona hore ho joalo, eaba ba re: “Areka ea Molimo oa Iseraele e se ke ea lula le rōna, hobane letsoho la hae le bile boima ho rōna le ho molimo oa rōna Dagone.”+ 8 Ka lebaka leo ba romeletsa ’me ba bokella marena ’ohle a selekane a Bafilista ho bona ’me ba re: “Re tla etsa’ng ka areka ea Molimo oa Iseraele?” Qetellong ba re: “Areka ea Molimo oa Iseraele e ke e isoe nģ’a Gathe.”+ Kahoo ba tlisa areka ea Molimo oa Iseraele moo.
9 Eitse ka mor’a hore ba e tlise moo, letsoho la Jehova+ la e-ba holim ’a motse oo ka pherekano e khōlō haholo, ’me a qala ho otla batho ba motse, ho tloha ho ba banyenyane ho isa ho ba baholo, ’me ba qala ho ruruha methapo ea ka morao.+ 10 Kahoo ba romela areka ea Molimo oa ’nete Ekrone.+ Eitse hang ha areka ea Molimo oa ’nete e fihla Ekrone, Baekrone ba qala ho hoeletsa, ba re: “Ba tlisitse areka ea Molimo oa Iseraele ho ’na hore ba bolaee ’na le sechaba sa ka!”+ 11 Ka lebaka leo ba romeletsa ’me ba bokella marena ’ohle a selekane a Bafilista ’me ba re: “Tsamaisang areka ea Molimo oa Iseraele e le hore e ka khutlela sebakeng sa eona ’me e se ke ea bolaea ’na le sechaba sa ka.” Etsoe ho ne ho bile le pherekano e bolaeang motseng oohle;+ letsoho la Molimo oa ’nete le ne le bile boima haholo moo,+ 12 ’me batho ba neng ba sa shoa ba ne ba otliloe ka ho ruruha ha methapo ea ka morao.+ Mohoo+ o kōpang thuso oa motse oo oa ’na oa nyolohela maholimong.
6 Areka+ ea Jehova ea e-ba naheng ea Bafilista ka likhoeli tse supileng. 2 Bafilista ba bitsa baprista le linohe,+ ba re: “Re tla etsa’ng ka areka ea Jehova? Re tsebiseng hore na re tla e tsamaisa ka eng ho e isa sebakeng sa eona.” 3 Eaba ba re: “Haeba le tsamaisa areka ea Molimo oa Iseraele, le se ke la e tsamaisa ntle ho nyehelo, etsoe ruri le lokela ho khutlisetsa ho eena nyehelo ea molato.+ Joale ke hona le tla fola, ’me le tla tseba hore na ke hobane’ng ha letsoho la hae le ne le sa tlohe ho lōna.” 4 Eaba ba re: “Nyehelo ea molato eo re tšoanelang ho e khutlisetsa ho eena ke eng?” Joale ba re: “Ho ea ka palo ea marena a selekane+ a Bafilista, methapo ea ka morao e ruruhileng ea khauta e mehlano le litali tsa khauta tse hlano, etsoe e mong le e mong oa lōna le marena a lōna a selekane o na le lefu la seoa le tšoanang. 5 Le etse litšoantšo tsa methapo ea lōna ea ka morao e ruruhileng le litšoantšo tsa litali+ tsa lōna tse senyang naha, ’me le tlotlise+ Molimo oa Iseraele. Mohlomong o tla fokotsa boima ba letsoho la hae ho lōna le ho molimo oa lōna le naheng ea lōna.+ 6 Hape, ke hobane’ng ha le etsa hore lipelo tsa lōna li se ke tsa arabela feela ka tsela eo ka eona Baegepeta le Faro ba ileng ba etsa hore lipelo tsa bona li se ke tsa arabela?+ Na ha ea ka ea e-ba hang ha A sebetsana le bona ka thata+ ba ileng ba qala ho re ba tsamaee, ’me ba tsamaea?+ 7 Joale nkang ’me le etse koloi e ncha,+ le likhomo tse peli tse anyesang, tse e-s’o jare joko,+ ’me le pane likhomo tseo koloing, ’me le khutlisetse manamane a tsona hae hore a se ke a li latela. 8 Le nke areka ea Jehova le e behe koloing, ’me lintho tsa khauta+ tseo le tla li khutlisetsa ho eena e le nyehelo ea molato+ le li tšele ka lebokoseng lehlakoreng la eona. Le e tsamaise, ’me e tla ea. 9 Le talime: haeba e nyoloha ka tsela e eang sebakeng sa eona, e eang Bethe-shemeshe,+ ke eena ea entseng bobe bona bo boholo ho rōna; empa haeba ho se joalo, re tla tseba hore e ne e se letsoho la hae le re amileng; e ne e le kotsi+ e re etsahaletseng.”
10 Banna bao ba etsa tumellanong le seo. Kahoo ba nka likhomo tse peli tse anyesang ’me ba li pana koloing, ’me ba koalla manamane a tsona hae. 11 Joale ba beha areka ea Jehova koloing,+ le lebokose le litali tsa khauta le litšoantšo tsa methapo ea bona ea ka morao e ruruhileng. 12 Likhomo tsa qala ho tsamaea li lebile pele tseleng e eang Bethe-shemeshe.+ Tsa tsamaea tseleng e le ’ngoe e khōlō, li ntse li lla ha li tsamaea, ’me ha lia ka tsa khelohela ka ho le letona kapa ka ho le letšehali. Ka nako eo eohle marena a selekane+ a Bafilista a ne a ntse a tsamaea ka mor’a tsona ho ea fihla moeling oa Bethe-shemeshe. 13 Batho ba Bethe-shemeshe ba ne ba kotula koro+ khohlong. Ha ba phahamisa mahlo ’me ba bona Areka, ba thaba ha ba e bona. 14 Koloi ea fihla tšimong ea Joshua Mobethe-shemeshe ’me ea ’na ea ema moo ho neng ho e-na le lejoe le leholo. Ba qala ho ratha lehong la koloi eo, ’me ba nyehela likhomo+ tseo ho Jehova e le nyehelo ea secheso.+
15 Balevi+ ba theola areka ea Jehova le lebokose le neng le e-na le eona, leo lintho tsa khauta li neng li le ka har’a lona, ’me ba e beha holim ’a lejoe le leholo. Batho ba Bethe-shemeshe,+ ba nyehela linyehelo tsa secheso, ’me ba tsoela pele ho etsetsa Jehova mahlabelo letsatsing leo.
16 Marena a mahlano a selekane+ a Bafilista a bona seo eaba a khutlela Ekrone letsatsing leo. 17 Joale ena ke methapo ea khauta ea ka morao e ruruhileng eo Bafilista ba ileng ba e khutlisa e le nyehelo ea molato ho Jehova:+ o le mong bakeng sa Ashdode,+ o le mong bakeng sa Gaza,+ o le mong bakeng sa Ashkelone,+ o le mong bakeng sa Gathe,+ o le mong bakeng sa Ekrone.+ 18 Litali tsa khauta li ne li lekana le palo ea metse eohle ea Bafilista eo e neng e le ea marena a mahlano a selekane, ho tloha motseng o etselitsoeng qhobosheane ho ea motsaneng oa naha e sabaletseng.
Lejoe le leholo leo ba ileng ba beha areka ea Jehova holim ’a lona ke bopaki ho fihlela letsatsing lena naheng ea Joshua Mobethe-shemeshe. 19 A qala ho bolaea batho ba Bethe-shemeshe,+ hobane ba ne ba talimile areka ea Jehova. Kahoo a bolaea har’a sechaba banna ba mashome a supileng—banna ba likete tse mashome a mahlano—’me sechaba sa qala ho siama kahobane Jehova o ne a bolaile sechaba ka polao e khōlō.+ 20 Ho ekelletsa moo, batho ba Bethe-shemeshe ba re: “Ke mang ea tla khona ho ema ka pel’a Jehova Molimo eo ea halalelang,+ ’me o tla ikhula ho rōna a ee ho mang?”+ 21 Qetellong ba romela manģosa ho baahi ba Kiriathe-jearime,+ ba re: “Bafilista ba khutlisitse areka ea Jehova. Theohang. Le e nyollele ho lōna.”+
7 Ka lebaka leo batho ba Kiriathe-jearime+ ba tla eaba ba nyolla areka ea Jehova ’me ba e isa ka tlung ea Abinadabe+ leralleng, ’me mora oa hae Eleazare ke eena eo ba ileng ba mo halaletsa hore a lebele areka ea Jehova.
2 Eitse ho tloha letsatsing la ho lula ha Areka Kiriathe-jearime matsatsi a ’na a ata, hoo e ileng ea e-ba lilemo tse mashome a mabeli, ’me bohle ba ntlo ea Iseraele ba qala ho llela Jehova.+ 3 Samuele a re ho bohle ba ntlo ea Iseraele: “Haeba le khutlela ho Jehova ka lipelo tsohle tsa lōna,+ lahlang melimo esele har’a lōna+ le litšoantšo tsa Ashtorethe,+ le lebise lipelo tsa lōna ho Jehova ka mokhoa o sa kheloheng le sebeletse eena feela,+ ’me o tla le lopolla matsohong a Bafilista.”+ 4 Bara ba Iseraele ba lahla bo-Baale+ le litšoantšo tsa Ashtorethe+ ’me ba qala ho sebeletsa Jehova feela.
5 Joale Samuele a re: “Bokellang Baiseraele+ bohle Mizpa,+ e le hore nka rapela+ Jehova molemong oa lōna.” 6 Kahoo ba phutheha Mizpa, ’me ba qala ho kha metsi eaba ba a tšolla ka pel’a Jehova ’me ba itima lijo letsatsing leo.+ Ba qala ho re moo: “Re sitetsoe Jehova.”+ Samuele a qala ho ahlola+ bara ba Iseraele Mizpa.
7 Bafilista ba utloa hore bara ba Iseraele ba ne ba phuthehile Mizpa, ’me marena a selekane+ a Bafilista a futuhela Baiseraele. Ha bara ba Iseraele ba utloa ka hona, ba qala ho tšoha ka lebaka la Bafilista.+ 8 Kahoo bara ba Iseraele ba re ho Samuele: “U se ke ua khutsa ho hoeletsa ho kōpa thuso molemong oa rōna ho Jehova Molimo oa rōna,+ e le hore a ka re pholosa matsohong a Bafilista.” 9 Joale Samuele a nka konyana e anyang ’me a e nyehela e le nyehelo ea secheso, nyehelo e feletseng,+ ho Jehova; Samuele a qala ho hoeletsa ho Jehova ho kōpa thuso molemong oa Baiseraele,+ ’me Jehova a mo araba.+ 10 Eitse ha Samuele a ntse a nyehela nyehelo ea secheso, Bafilista ba atamela bakeng sa ho loantša Baiseraele. Joale Jehova a etsa hore ho be le sealuma se lerata le phahameng+ letsatsing leo khahlanong le Bafilista, e le hore a ka ba ferekanya;+ ba hlōloa ka pel’a Baiseraele.+ 11 Banna ba Iseraele ba khoroha ho tloha Mizpa ’me ba lelekisa Bafilista ’me ba ’na ba ba bolaea ho ea fihla ka boroa ho Bethe-kare. 12 Joale Samuele a nka lejoe+ a le beha pakeng tsa Mizpa le Jeshana eaba o qala ho le reha lebitso la Ebenezere. Ka lebaka leo a re: “Ho fihlela joale Jehova o re thusitse.”+ 13 Kahoo Bafilista ba hlōloa, ’me ha baa ka ba hlola ba tla naheng ea Iseraele;+ letsoho la Jehova la tsoela pele ho ba khahlanong le Bafilista ka matsatsi ’ohle a Samuele.+ 14 Metse eo Bafilista ba neng ba e nkile ho Baiseraele ea ’na ea khutlela ho Baiseraele ho tloha Ekrone ho ea Gathe, ’me Baiseraele ba lopolla naha ea bona matsohong a Bafilista.
Ha e-ba le khotso pakeng tsa Baiseraele le Baamore.+
15 Samuele a ’na a ahlola Baiseraele ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hae.+ 16 O ne a tsamaea selemo le selemo ’me a potoloha Bethele+ le Gilgale+ le Mizpa+ ’me a ahlola Baiseraele+ libakeng tsena tsohle. 17 Empa a khutlela Rama,+ hobane ke moo ntlo ea hae e neng e le hona teng, ’me o ne a ahlola Baiseraele moo. A hahela Jehova aletare moo.+
8 Eitse hang ha Samuele a se a tsofetse a beha+ bara ba hae hore e be baahloli ba Iseraele. 2 Joale lebitso la mora oa hae oa letsibolo e ne e le Joele,+ ’me lebitso la oa bobeli e le Abija;+ ba ne ba ahlola Beerseba. 3 Bara ba hae ha baa ka ba tsamaea litseleng tsa hae,+ empa ba ne ba sekametse ho latela phaello e sa lokang+ ’me ba ne ba amohela tjotjo+ ebile ba khopamisa kahlolo.+
4 Ka mor’a nako banna bohle ba baholo ba Iseraele+ ba phutheha ’me ba tla ho Samuele Rama 5 ba re ho eena: “Bona! U se u tsofetse, empa bara ba hao ha baa tsamaea litseleng tsa hao. Joale re behele morena+ hore a re ahlole joaloka lichaba tsohle.” 6 Empa ntho eo e ne e le mpe mahlong a Samuele kahobane ba ne ba itse: “Re fe morena hore a re ahlole,” ’me Samuele a qala ho rapela Jehova.+ 7 Joale Jehova a re ho Samuele:+ “Mamela lentsoe la sechaba seo mabapi le sohle seo se u bolellang sona;+ kaha ha sea lahla uena, empa se lahlile ’na hore ke se ke ka ba morena+ oa sona. 8 Tumellanong le liketso tsohle tseo li se entseng ho tloha letsatsing la ha ke se ntša Egepeta+ ho fihlela letsatsing lena leo ka lona se ’nileng sa ntlohela+ ’me sa sebeletsa melimo e meng,+ ke tsela eo se etsang ka eona le ho uena. 9 Joale mamela lentsoe la sona. Taba ke ena feela, ke hore u lokela ho se lemosa ka tieo, ’me u se bolelle tokelo e loketseng ea morena ea tla se busa.”+
10 Kahoo Samuele a bolella sechaba se neng se kōpa morena ho eena mantsoe ’ohle a Jehova. 11 A re: “Ena e tla ba tokelo e loketseng+ ea morena ea tla le busa: O tla nka bara ba lōna+ ’me a ba behe hore e be ba hae likoloing tsa hae+ le har’a banna ba hae ba lipere,+ ’me ba bang ba tla lokela ho matha ka pel’a likoloi tsa hae;+ 12 a ipehele balaoli ba ba likete+ le balaoli ba ba mashome a mahlano,+ le ba bang ho mo lemela+ le ho mo kotulela+ lijalo tsa hae le ho etsa likofuto tsa hae tsa ntoa+ le likofuto tsa hae tsa likoloi.+ 13 O tla nka barali ba lōna hore e be ba tsoakang litlolo le liphehi le baapehi.+ 14 Masimo a lōna le lirapa tsa lōna tsa morara+ le meru ea lōna ea mohloaare,+ tse ntlehali, o tla li nka ’me a li fe bahlanka ba hae. 15 Masimong a lōna a peō le lirapeng tsa lōna tsa morara o tla nka karolo ea leshome,+ ’me ka sebele o tla e fa balaoli ba hae ba lekhotla+ le bahlanka ba hae. 16 O tla nka bahlanka ba lōna le makhabunyane a lōna le mehlape ea lōna e metlehali ea liphoofolo tse khōlō, le liesele tsa lōna, ’me o tla lokela ho li sebelisetsa mosebetsi oa hae.+ 17 Mehlapeng ea lōna ea likhutšoane+ o tla nka karolo ea leshome, ’me le tla ba bahlanka ba hae. 18 Ka sebele le tla hoeletsa letsatsing leo ka lebaka la morena oa lōna,+ eo le ikhethetseng eena, empa Jehova a ke ke a le araba letsatsing leo.”+
19 Leha ho le joalo, sechaba sa hana ho mamela lentsoe la Samuele+ ’me sa re: “Che, empa re tla ba le morena. 20 Le rōna, re tla ba joaloka lichaba tsohle,+ ’me morena oa rōna o tla re ahlola ’me a re etelle pele ’me a loane lintoa tsa rōna.” 21 Samuele a utloa mantsoe ’ohle a sechaba; joale a a bua moo Jehova a ntseng a utloa.+ 22 Jehova a re ho Samuele: “Mamela lentsoe la sona, ’me u etse hore morena a se buse.”+ Ka lebaka leo Samuele a re ho banna ba Iseraele: “E mong le e mong a ee motseng oa habo.”
9 Joale ho ne ho e-na le monna oa Benjamine, ’me lebitso la hae e le Kishe,+ mora oa Abiele, mora oa Zerore, mora oa Bekorathe, mora oa Afia, Mobenjamine,+ monna ea nang le leruo le lengata.+ 2 O ne a e-na le mora eo lebitso la hae e leng Saule,+ a le mocha ebile a le motle, ’me ho ne ho se monna ho bara ba Iseraele ea neng a le motle ho mo feta; o ne a le molelele ho feta batho bohle ho tloha mahetleng ho ea holimo.+
3 Liesele tse tšehali+ tsa Kishe ntat’a Saule tsa lahleha. Kahoo Kishe a re ho mora oa hae Saule: “Ka kōpo, nka e mong oa bahlanka ’me le tlohe, le ee, le batle liesele tseo tse tšehali.” 4 A feta ho pholletsa le sebaka se lithaba sa Efraime+ ’me a fetela pele ho pholletsa le naha ea Shalisha,+ ’me ha baa ka ba li fumana. Ba fetela pele ho pholletsa le naha ea Shalime, empa li ne li le sieo. A fetela pele ho pholletsa le naha ea Babenjamine, ’me ha baa ka ba li fumana.
5 Ba fihla naheng ea Zufe; Saule a re ho mohlanka oa hae ea neng a e-na le eena: “Tloo, ’me re khutle, e le hore Ntate a se ke a khaotsa ho ameha ka liesele tse tšehali eaba ka sebele o tšoenyeha ka rōna.”+ 6 Empa a re ho eena: “Ka kōpo, bona! Ho na le monna oa Molimo+ motseng ona, ’me monna eo oa hlomphuoa. Sohle seo a se bolelang ruri sea phethahala.+ A re ee moo hona joale. Mohlomong a ka re bolella tsela eo re tla tsamaea ka eona.” 7 Saule a re ho mohlanka oa hae: “Haeba re ka ea, monna eo re tla mo isetsa eng?+ hobane bohobe bo felile linthong tseo re tšelang ho tsona, ’me, ha ho letho le ka tlisoang ho monna oa Molimo oa ’nete e le mpho.+ Ke eng seo re nang le sona?” 8 Kahoo mohlanka a araba Saule hape ’me a re: “Bona! Ho na le kotara ea shekele+ ea silevera letsohong la ka, ’me ke tla lokela ho e fa monna oa Molimo oa ’nete, ’me o tla lokela ho re bolella tsela ea rōna.” 9 (Linakong tsa pele Iseraele, ena ke tsela eo motho a neng a tla bua ka eona ha a il’o batla Molimo: “Tloong, ’me re ee ho seboni.”+ Etsoe moprofeta oa kajeno o ne a bitsoa seboni linakong tsa pele.) 10 Joale Saule a re ho mohlanka oa hae: “Lentsoe la hao le molemo.+ Tloo, a re ee.” Ba ea motseng moo monna oa Molimo oa ’nete a neng a le hona teng.
11 Ha ba ntse ba nyoloha moepeng o eang motseng, ba fumana banana ba eang ho kha metsi.+ Kahoo ba re ho bona: “Na seboni+ se sebakeng see?” 12 Joale ba ba araba ba re: “Se teng. Bonang! Se ka pel’a lōna. Potlakang, hobane kajeno se tlile motseng, kaha ho na le sehlabelo+ kajeno bakeng sa sechaba sebakeng se phahameng.+ 13 Hang ha le kena motseng, le tla se fumana ka potlako pele se nyolohela sebakeng se phahameng ho ea ja; hobane sechaba se ke ke sa ja ho fihlela se tla, etsoe ke sona se hlohonolofatsang sehlabelo.+ Ka mor’a moo ba memiloeng ba ka ja. Joale nyolohang, hobane sona—le tla se fumana hona joale.” 14 Ka lebaka leo ba nyolohela motseng. Eare ha ba ntse ba kena har’a motse, bonang! Samuele a tsoa ho ba khahlanyetsa ho nyolohela sebakeng se phahameng.
15 Ha e le Jehova, o ne a senoletse+ Samuele letsatsi pele Saule a tla, a re: 16 “Hosasane hoo e ka bang ka nako ena ke tla romela ho uena monna ea tsoang naheng ea Benjamine,+ ’me u mo tlotse+ hore e be moeta-pele oa sechaba sa ka sa Iseraele; o tla pholosa sechaba sa ka matsohong a Bafilista,+ hobane ke bone mahloreho a sechaba sa ka, etsoe mohoo oa sona o fihlile ho ’na.”+ 17 Samuele a bona Saule, ’me Jehova, a mo araba: “Enoa ke monna eo ke itseng ho uena ka eena, ‘Enoa ke eena ea tla boloka sechaba sa ka se le ka har’a meeli.’”+
18 Joale Saule a atamela Samuele bohareng ba heke eaba o re: “Ka kōpo mpolelle, Ha e le hantle ntlo ea seboni e hokae?” 19 Samuele a araba Saule a re: “Ke ’na seboni. Nyolohela ka pel’a ka sebakeng se phahameng, ’me le tla ja le ’na kajeno,+ ’me ke tla re u tsamaee hoseng, ’me ke tla u bolella sohle se ka pelong ea hao.+ 20 Ha e le liesele tse tšehali tse u lahlehetseng matsatsi a mararo a fetileng,+ u se ke ua beha pelo+ ea hao ho tsona, kaha li fumanoe. Sohle se lakatsehang sa Iseraele ke sa mang?+ Na hase sa hao le sa ntlo eohle ea ntat’ao?” 21 Saule a araba a re: “Na ha ke Mobenjamine oa moloko o monyenyane ka ho fetisisa+ melokong ea Iseraele,+ ’me lelapa leso e le leo e seng la bohlokoa ka ho fetisisa malapeng ’ohle a moloko oa Benjamine?+ Kahoo ke hobane’ng ha u mpoleletse ntho e kang ee?”+
22 Joale Samuele a nka Saule le mohlanka oa hae ’me a ba tlisa holong ea ho jela ’me a ba fa sebaka se ka pele+ ho ba neng ba memiloe; e ne e le banna ba ka bang mashome a mararo. 23 Hamorao Samuele a re ho sephehi: “Fana ka kabelo eo ke u fileng eona, eo ke itseng ho uena ka eona, ‘E behe pel’a hao.’” 24 Eaba sephehi se nka leoto le se neng se le holim ’a lona, ’me sa le beha ka pel’a Saule. Sa tsoela pele ho re: “Se neng se bolokiloe ke sena. Se behe ka pel’a hao. Ja, hobane ba u boloketse sona ho fihlela nakong e behiloeng e le hore u ka ja le ba memiloeng.” Kahoo Saule a ja le Samuele letsatsing leo. 25 Ka mor’a moo ba theoha sebakeng se phahameng+ ho ea motseng, ’me a tsoela pele ho bua le Saule a le holim ’a ntlo.+ 26 Joale ba tsoha hoseng, eitse hang ha mafube a hlaha Samuele a bitsa Saule a le holim ’a ntlo, a re: “Tsoha, e le hore nka re u tsamaee.” Kahoo Saule a tsoha ’me eena le Samuele, ba tsoela ka ntle. 27 Ha ba ntse ba theoha ka moeli oa motse Samuele a re ho Saule: “Bolella mohlanka+ hore o lokela ho fetela ka pele ho rōna”—kahoo a fetela ka pele—“’me, ha e le uena, u eme e le hore nka u bolella lentsoe la Molimo.”
10 Joale Samuele a nka botlolo+ ea oli ’me a e tšollela holim ’a hlooho ea hae eaba oa mo aka+ ’me o re: “Na hase kahobane Jehova a u tlotsitse hore u be moeta-pele+ oa lefa la hae?+ 2 Ka sebele ha u tloha ho ’na kajeno u tla fumana banna ba babeli haufi le lebitla la Ragele+ naheng ea Benjamine e Zelza, ’me ka sebele ba tla re ho uena, ‘Liesele tse tšehali tseo u neng u il’o li batla li fumanoe, empa joale ntat’ao o tlohetse taba ea liesele tse tšehali+ ’me o tšoenyehile ka lōna, o re: “Ke tla etsa’ng ka mora oa ka?”’+ 3 U fetele pejana ho tloha moo ’me u fihle sefateng se seholo sa Tabore, ’me moo u tla teana le banna ba bararo ba nyolohelang ho Molimo oa ’nete Bethele,+ e mong a nkile lipotsanyane+ tse tharo ’me e mong a nkile lipolokoe tse tharo tsa bohobe+ ’me e mong a nkile nkho e khōlō ea veine.+ 4 Ka sebele ba tla u botsa hore na u phela joang+ ’me ba u fe mahobe a mabeli, ’me u tla a amohela matsohong a bona. 5 Ka mor’a moo u tla tla leralleng la Molimo oa ’nete,+ moo ho nang le lebotho la Bafilista le lulang setsing sa sesole.+ Etlare nakong eo u tlang moo motseng, ka sebele u tla kopana le sehlopha sa baprofeta+ ba theohang sebakeng se phahameng,+ ’me ka pel’a bona ho e-na le seletsa se likhoele+ le moropa o monyenyane+ le lekolilo+ le harepa,+ ha ba ntse ba bua joaloka baprofeta. 6 Ka sebele moea+ oa Jehova o tla sebetsa holim ’a hao, ’me ka sebele u tla bua joaloka moprofeta+ hammoho le bona ’me u fetohe motho e mong. 7 Etlare ha lipontšo+ tsena li tla ho uena, u iketsetse seo letsoho la hao le khonang ho se etsa,+ hobane Molimo oa ’nete o na le uena.+ 8 U tla theoha pele ho ’na u ee Gilgale;+ ’me, bona! ke theohela ho uena ho ea nyehela mahlabelo a secheso, ho etsa mahlabelo a kopanetsoeng.+ U lokela ho lula u letile ka matsatsi a supileng+ ho fihlela ke tla ho uena, ’me ka sebele ke tla u tsebisa seo u lokelang ho se etsa.”
9 Eitse hang ha a reteletsa lehetla a tloha ho Samuele, Molimo a qala ho fetola pelo ea hae hore e be e ’ngoe;+ lipontšo+ tsena tsohle tsa phethahala letsatsing leo. 10 Kahoo ba tloha moo ho ea leralleng, ’me bonang! ho ne ho e-na le sehlopha sa baprofeta ho mo khahlanyetsa; hang-hang moea oa Molimo oa sebetsa ho eena,+ eaba o qala ho bua joaloka moprofeta+ har’a bona. 11 Eitse ha bohle ba neng ba mo tseba ba mo bona, bonang! o ne a profeta le baprofeta. Ka lebaka leo batho ba buisana ba re: “Ke eng sena se etsahetseng ka mora oa Kishe? Na Saule le eena o har’a baprofeta?”+ 12 Joale monna e mong moo a araba a re: “Empa ntat’a bona ke mang?” Ke ka lebaka leo e fetohileng polelo ea maele+ e reng: “Na Saule le eena o har’a baprofeta?”
13 Qetellong a qeta ho bua joaloka moprofeta ’me a tla sebakeng se phahameng. 14 Hamorao mor’abo ntat’a Saule a re ho eena le ho mohlanka oa hae: “Le ne le ile hokae?” Eaba o re: “Ho ea batla liesele tse tšehali,+ ’me re ’nile ra tsamaea re li sheba, empa li ne li le sieo. Kahoo ra fihla ho Samuele.” 15 Eaba mor’abo ntat’a Saule o re: “Ka kōpo mpolelleng, Samuele o itse’ng ho lōna?” 16 Eaba Saule o re ho mor’abo ntat’ae: “Ruri o re boleletse hore liesele tse tšehali li fumanoe.” Taba ea borena eo Samuele a neng a buile ka eona, ha aa ka a mo bolella eona.+
17 Samuele a bokellela batho ho Jehova Mizpa+ 18 ’me a re ho bara ba Iseraele: “Sena ke seo Jehova Molimo oa Iseraele a se boletseng,+ ‘Ke ’na ea ntšitseng Baiseraele Egepeta le ea ileng a qala ho le lopolla letsohong la Egepeta+ le matsohong a mebuso eohle e neng e le hateletse.+ 19 Empa lōna—kajeno le lahlile Molimo oa lōna+ eo e neng e le mopholosi oa lōna bobeng bohle ba lōna le mahlomoleng a lōna, ’me le tsoetse pele ho re: “Che, empa u lokela ho re behela morena hore a re buse.” Joale emang ka pel’a Jehova ka meloko+ ea lōna le ka likete tsa lōna.’”
20 Ka lebaka leo Samuele a etsa hore meloko eohle ea Iseraele e atamele,+ eaba leloko la Benjamine lea khethoa.+ 21 Joale a etsa hore leloko la Benjamine le atamele ka malapa a lona, eaba lelapa la Bamateri lea khethoa.+ Qetellong ha khethoa Saule mora oa Kishe.+ Ba qala ho mo batla, ’me ha aa ka a fumanoa. 22 Kahoo ba botsa+ Jehova ka ho eketsehileng: “Na monna eo o se a tlile moo?” Eaba Jehova o re: “Ke enoa, o ipatile+ har’a thōtō.” 23 Kahoo ba qala ho matha ’me ba mo tlosa moo. Eitse ha a ema har’a batho, o ne a le molelele ho feta batho ba bang bohle ho tloha mahetleng ho ea holimo.+ 24 Joale Samuele a re ho sechaba sohle: “Na le bone eo Jehova a mo khethileng,+ hore ha ho le ea mong ea tšoanang le eena har’a batho bohle?” Sechaba sohle sa qala ho hoeletsa sa re: “Morena a ke a phele!”+
25 Ka mor’a moo Samuele a bua le sechaba ka tokelo e loketseng ea borena+ eaba o e ngola bukeng ’me o e beha ka pel’a Jehova. Joale Samuele a re sechaba sohle se tsamaee, e mong le e mong a ee ntlong ea hae. 26 Ha e le Saule, a ea ha habo Gibea,+ ’me banna ba sebete bao Molimo a neng a amile lipelo tsa bona ba tsamaea le eena.+ 27 Ha e le banna ba se nang molemo,+ ba re: “Eo o tla re pholosa joang?”+ Ka lebaka leo ba mo nyelisa,+ ’me ha baa ka ba tlisa mpho leha e le efe ho eena.+ Empa a tsoela pele a le joaloka ea sa khoneng ho bua.+
11 Nahashe Moammone+ a qala ho nyoloha ’me a hloma liahelo khahlanong le Jabeshe+ e Gileade. Eaba banna bohle ba Jabeshe ba re ho Nahashe: “Hlaba selekane le rōna e le hore re ka u sebeletsa.”+ 2 Joale Nahashe Moammone a re ho bona: “Ke tla se hlaba le lōna ka tumellano ena, ka tumellano ea ho honya+ leihlo le leng le le leng la lōna le letona, ’me ke tla le beha e le nyeliso ho Baiseraele bohle.”+ 3 Eaba banna ba baholo ba Jabeshe ba re ho eena: “Re fe nako ea matsatsi a supileng, ’me re tla romela manģosa naheng eohle ea Iseraele ’me, haeba re se na mopholosi,+ joale re tla tsoela ho uena.” 4 Ka mor’a nako manģosa a tla Gibea+ ea Saule ’me a bua mantsoe ana moo sechaba se ntseng se utloa, eaba sechaba sohle se qala ho phahamisa mantsoe ’me sea lla.+
5 Empa bonang! Saule o setse mohlape morao ho tsoa naheng, eaba Saule o re: “Molato ke’ng ka sechaba, hore ebe sea lla?” Ba qala ho mo phetela mantsoe a banna ba Jabeshe. 6 Moea+ oa Molimo oa sebetsa ho Saule ha a utloa mantsoe ana, ’me bohale ba hae ba tuka haholo.+ 7 Kahoo a nka lipoho tse peli eaba o li poma likoto ’me o li romela naheng eohle ea Iseraele+ ka matsoho a manģosa, o re: “Mang kapa mang oa rōna ea sa tsoeng e le molateli oa Saule le Samuele, ho tla etsoa ka tsela ena ka likhomo tsa hae!”+ Tšabo+ ea Jehova+ ea qala ho oela ho sechaba hoo se ileng sa tsoa joaloka motho a le mong.+ 8 Joale a ba bala+ Bezeke, ’me bara ba Iseraele ba e-ba likete tse makholo a mararo, ’me banna ba Juda ba e-ba likete tse mashome a mararo. 9 Joale ba re ho manģosa a neng a tlile: “Sena ke seo le tla se bolella banna ba Jabeshe e Gileade, ‘Hosasane poloko e tla ba teng bakeng sa lōna ha letsatsi le chesa.’”+ Eaba manģosa aa tla ’me a bolella banna ba Jabeshe, eaba baa thaba. 10 Ka lebaka leo banna ba Jabeshe ba re: “Hosasane re tla tsoela ho lōna, ’me le tla etsa tumellanong le sohle se molemo mahlong a lōna.”+
11 Eitse letsatsing le hlahlamang Saule+ a beha batho ka lihlopha tse tharo;+ eaba ba tsamaela bohareng ba liahelo nakong ea tebelo ea hoseng+ ’me ba qala ho bolaea Baammone+ ho fihlela letsatsi le chesa. Ha ho e-na le ba setseng, joale ba qala ho hasanngoa ’me ha hoa ka ha sala har’a bona ba babeli ba le hammoho.+ 12 Sechaba sa qala ho re ho Samuele: “Ke mang ea reng, ‘Saule—na e lokela ho ba morena oa rōna?’+ Nehelanang ka batho bao, e le hore re ka ba bolaea.”+ 13 Leha ho le joalo, Saule a re: “Ha ho motho ea lokelang ho bolaoa letsatsing lena,+ hobane kajeno Jehova o tlisitse poloko Iseraele.”+
14 Hamorao Samuele a re ho sechaba: “Tloong ’me re eeng Gilgale+ e le hore re ka nchafatsa borena moo.”+ 15 Kahoo sechaba sohle sa ea Gilgale, eaba se etsa Saule morena ka pel’a Jehova Gilgale. Joale sa etsa mahlabelo a kopanetsoeng moo ka pel’a Jehova,+ ’me moo Saule le batho bohle ba Iseraele ba tsoela pele ho thaba ka tekanyo e khōlō.+
12 Qetellong Samuele a re ho Baiseraele bohle: “Bonang! ke mametse lentsoe la lōna mabapi le sohle seo le mpoleletseng sona,+ hore ke lokela ho etsa hore morena a le buse.+ 2 Joale bonang! morena o tsamaea ka pel’a lōna!+ Ha e le ’na, ke tsofetse+ ebile ke hlooho e putsoa,+ ’me bonang! bara ba ka ba na le lōna,+ ’me ’na—ke tsamaile ka pel’a lōna ho tloha bocheng ba ka ho fihlela letsatsing lena.+ 3 Ke ’na enoa. Arabang khahlanong le ’na ka pel’a Jehova le ka pel’a motlotsuoa+ oa hae: Ke poho ea mang eo ke e nkileng kapa ke esele ea mang eo ke e nkileng+ kapa ke mang eo ke mo etselitseng bolotsana kapa ke mang eo ke mo hateletseng kapa ke letsohong la mang moo ke amohetseng tjotjo e le hore nka ipata mahlo ka eona?+ ’Me ke tla le buseletsa.”+ 4 Eaba ba re: “Ha ua re etsetsa bolotsana, leha e le hore u ile ua re hatella, kapa ua amohela ntho leha e le efe letsohong la motho leha a le mong.”+ 5 Kahoo a re ho bona: “Jehova ke paki khahlanong le lōna, le motlotsuoa+ oa hae ke paki letsatsing lena hore ha lea fumana letho ho hang letsohong la ka.”+ Eaba ba re: “Ke paki.”
6 Samuele a tsoela pele ho re ho sechaba: “Jehova [ke paki], ea ileng a sebelisa Moshe le Arone le ea ntšitseng baholo-holo ba lōna naheng ea Egepeta.+ 7 Joale emang, ’me ke tla le ahlola ka pel’a Jehova [ke le phetele] liketso tsohle tse lokileng+ tsa Jehova tseo a li entseng ka lōna le ka baholo-holo ba lōna.
8 “Hang ha Jakobo a fihlile Egepeta+ ’me baholo-holo ba lōna ba qalile ho hoeletsa ho Jehova ho kōpa thuso,+ Jehova a romela Moshe+ le Arone, e le hore ba ka ntša baholo-holo ba lōna Egepeta le ho etsa hore ba lule sebakeng sena.+ 9 Ba qala ho lebala Jehova Molimo oa bona,+ hoo a ileng a ba rekisetsa+ Sisera+ molaoli oa lebotho la Hazore le Bafilista+ le morena oa Moabe,+ ’me ba ’na ba ba loantša. 10 Ba qala ho hoeletsa ho Jehova ho kōpa thuso+ ’me ba re, ‘Re entse sebe,+ kaha re tlohetse Jehova e le hore re ka sebeletsa bo-Baale+ le litšoantšo tsa Ashtorethe;+ joale re lopolle+ matsohong a lira tsa rōna, e le hore re ka u sebeletsa.’ 11 Jehova a romela Jerubaale+ le Bedane le Jafeta+ le Samuele+ ’me a le lopolla matsohong a lira tsa lōna tse le pota-potileng ka hohle, e le hore le ka lula le sireletsehile.+ 12 Ha le bona hore Nahashe+ morena oa bara ba Ammone o le futuhetse, la ’na la re ho ’na, ‘Che, empa re tla busoa ke morena!’+ ka nako eo eohle Jehova Molimo oa lōna e ne e le Morena oa lōna.+ 13 Joale ke enoa morena eo le mo khethileng, eo le mo kōpileng;+ bonang! Jehova o behile morena hore a le buse.+ 14 Haeba le tla tšaba Jehova+ ’me le mo sebeletse+ le mamele lentsoe la hae,+ ’me le sa fetohele+ taelo ea Jehova, lōna le morena ea tla le busa ka sebele le tla ba balateli ba Jehova Molimo oa lōna. 15 Empa haeba le sa mamele lentsoe la Jehova+ ’me le fetohela taelo ea Jehova,+ ka sebele letsoho la Jehova le tla ba khahlanong le lōna le bo-ntat’a lōna.+ 16 Joale, hape, emang ’me le bone ntho ena e khōlō eo Jehova a e etsang ka pel’a mahlo a lōna. 17 Na kajeno hase kotulo ea koro?+ Ke tla hoeletsa+ ho Jehova e le hore a ka fana ka lialuma le pula;+ joale tsebang ’me le bone hore bobe ba lōna boo le bo entseng mahlong a Jehova ka ho ikōpela morena bo boholo.”+
18 Ka mor’a moo Samuele a hoeletsa ho Jehova,+ ’me Jehova a fana ka lialuma le pula letsatsing leo,+ hoo sechaba sohle se ileng sa tšaba Jehova le Samuele haholo. 19 Sechaba sohle sa qala ho re ho Samuele: “Rapella+ bahlanka ba hao ho Jehova Molimo oa hao, kaha ha re batle ho shoa; hobane re ekelitse bobe libeng tsohle tsa rōna ka ho ikōpela morena.”
20 Kahoo Samuele a re ho sechaba: “Le se ke la tšoha.+ Lōna—le entse bobe bona bohle. Le mpe le se ke la kheloha ho lateleng Jehova,+ ’me le sebeletse Jehova ka lipelo tsohle tsa lōna.+ 21 Le se ke la kheloha hore le latele lintho tseo e seng tsa sebele+ tse se nang molemo+ le tse sa lopolleng, hobane ke lintho tseo e seng tsa sebele. 22 Etsoe Jehova a ke ke a tlohela+ sechaba sa hae ka lebaka la lebitso la hae le leholo,+ hobane Jehova o ikhethetse ho le etsa sechaba sa hae.+ 23 Ha e le ’na, ke ho sa utloahaleng hore ke siteloe Jehova ka ho khaotsa ho le rapella;+ ke tla le rupela+ ka tsela e ntle+ le e nepahetseng. 24 Le mpe le tšabe+ Jehova, ’me le mo sebeletse ka ’nete ka lipelo tsohle tsa lōna;+ etsoe bonang hore na o le etselitse lintho tse khōlō hakaakang.+ 25 Empa haeba le etsa se sebe ka mokhoa o feteletseng, le tla felisoa,+ lōna le morena oa lōna.”+
13 Saule o ne a le lilemo li [?] ha a qala ho busa,+ ’me a busa Iseraele ka lilemo tse peli. 2 Saule a ikhethela banna ba likete tse tharo Iseraele; ba likete tse peli ba e-ba le Saule Mikmashe+ le sebakeng se lithaba sa Bethele, ’me ba sekete ba e-ba le Jonathane+ Gibea+ ea Benjamine, ’me batho ba bang kaofela a re ba tsamaee, e mong le e mong a ee tenteng ea hae. 3 Joale Jonathane a bolaea lebotho la Bafilista+ le lulang setsing sa sesole+ le neng le le Geba;+ Bafilista ba utloa ka hona. Ha e le Saule, a re ho letsoe lenaka+ ho pholletsa le naha eohle, a re: “Baheberu ba ke ba utloe!” 4 Baiseraele bohle ba utloa ha ho boleloa: “Saule o bolaile lebotho la Bafilista le lulang setsing sa sesole, joale Baiseraele ba fetohile ba nkhang hampe+ har’a Bafilista.” Kahoo sechaba sa bokelloa hore se latele Saule ho ea Gilgale.+
5 Bafilista ba phutheha ho loantša Baiseraele, likoloi tsa ntoa+ tse likete tse mashome a mararo le banna ba lipere ba likete tse tšeletseng le batho ba joaloka lehlabathe le lebōpong la leoatle ka bongata;+ ba nyoloha ’me ba qala ho hloma liahelo Mikmashe ho ea ka bochabela ho Bethe-avene.+ 6 Banna ba Iseraele ba bona hore ba mahlomoleng,+ hobane sechaba se ne se le tsietsing; sechaba sa qala ho ipata mahaheng+ le likoting le mafikeng le likamoreng tsa polokelo tse ka tlas’a mohaho le likoting tsa metsi. 7 Baheberu ba ba ba tšela Jordane+ ho ea naheng ea Gade+ le Gileade. Empa Saule o ne a sa ntse a le Gilgale, ’me sechaba sohle se ne se thothomela ha se ntse se mo latela.+ 8 A tsoela pele a ntse a letile ka matsatsi a supileng ho fihlela nakong e behiloeng eo Samuele a neng a e boletse;+ Samuele ha aa ka a tla Gilgale, ’me sechaba se ne se hasana ho tloha ho eena. 9 Qetellong Saule a re: “Atametsang ho ’na sehlabelo sa secheso le mahlabelo a kopanetsoeng.” Eaba o qala ho nyehela sehlabelo sa secheso.+
10 Eitse hang ha a qetile ho nyehela sehlabelo sa secheso, bonang! Samuele a kena. Kahoo Saule a tsoa ho mo khahlanyetsa ’me a mo hlohonolofatsa.+ 11 Joale Samuele a re: “U entse’ng?”+ Eaba Saule o re: “Ke ile ka bona hore sechaba se ne se qhalakantsoe hore se tlohe ho ’na,+ ’me uena—ha ua ka ua tla matsatsing a behiloeng,+ ’me Bafilista ba ne ba ntse ba phutheha Mikmashe,+ 12 kahoo ka ipolella ho re,+ ‘Joale Bafilista ba tla mphutuhela Gilgale, ’me ha kea nolofatsa sefahleho sa Jehova.’ Kahoo ka iqobella+ eaba ke qala ho nyehela sehlabelo sa secheso.”
13 Eaba Samuele o re ho Saule: “U entse ka booatla.+ Ha ua boloka taelo+ ea Jehova Molimo oa hao eo a u laetseng eona,+ hobane, haeba u ne u e bolokile, Jehova a ka be a entse hore ’muso oa hao o tiee holim ’a Iseraele ho isa nakong e sa lekanyetsoang. 14 Joale ’muso oa hao o ke ke oa tšoarella.+ Ka sebele Jehova o tla iphumanela monna ea ratoang ke pelo ea hae;+ ’me Jehova o tla mo beha hore e be moeta-pele+ oa batho ba hae, hobane ha ua ka ua boloka seo Jehova a u laetseng sona.”+
15 Joale Samuele a ema eaba o tloha Gilgale o ea Gibea ea Benjamine, ’me Saule a bala sechaba, se neng se sa ntse se e-na le eena, banna ba ka bang makholo a tšeletseng.+ 16 Saule le mora oa hae Jonathane le sechaba se neng se sa ntse se e-na le bona ba ne ba lula Geba+ ea Benjamine. Ha e le Bafilista, ba ne ba hlomile liahelo Mikmashe.+ 17 Lebotho la ba nkang thepa ka mahahapa le ne le khoroha ho tloha liahelong tsa Bafilista ka lihlopha tse tharo.+ Sehlopha se seng se ne se leba tseleng e eang Ofra,+ naheng ea Shuale, 18 ’me sehlopha se seng se ne se retelehela tseleng ea Bethe-horone,+ ’me sehlopha sa boraro se ne se retelehela tseleng e eang moeling o shebileng nģ’a phuleng ea Zeboime, nģ’a lefeelleng.
19 Joale ha hoa ka ha fumanoa setei sa tšepe naheng eohle ea Iseraele, hobane Bafilista ba ne ba itse: “E le hore Baheberu ba se ke ba etsa sabole kapa lerumo.”+ 20 Baiseraele bohle ba ne ba theohela ho Bafilista hore e mong le e mong a leotse mohoma oa hae kapa mohoma oa hae o kang peke kapa selepe sa hae kapa sekele ea hae.+ 21 Tefello ea ho leotsa ea e-ba pime bakeng sa mehoma le bakeng sa mehoma e kang peke le bakeng sa lisebelisoa tse meno a mararo le bakeng sa lilepe le bakeng sa ho tiisa tsenene ea likhomo.+ 22 Letsatsing la ntoa ha hoa ka ha fumanoa sabole+ kapa lerumo matsohong a batho leha e le bafe ba neng ba e-na le Saule le Jonathane; empa ha fumanoa ea Saule+ le ea mora oa hae Jonathane.
23 Joale lebotho la Bafilista le setsing se ka thōko sa sesole+ le ne le khorohela lekhalong la Mikmashe.+
14 Eitse ka letsatsi le leng Jonathane+ mora oa Saule a re ho mohlanka ea nkang libetsa tsa hae: “Tloo ’me re tšelele setsing se ka thōko sa sesole sa Bafilista ba leng ka mose oane.” Empa ha aa ka a bolella ntat’ae hoo.+ 2 Saule o ne a lula mathōkong a Gibea+ tlas’a sefate sa likharenate se Migrone; batho ba neng ba e-na le eena e ne e ka ba banna ba likete tse tšeletseng.+ 3 (Akija mora oa Akitube,+ mor’abo Ikabode,+ mora oa Finease,+ mora oa Eli,+ moprista oa Jehova Shilo,+ o ne a jere efoda.)+ Batho ba ne ba sa tsebe hore Jonathane o tsamaile. 4 Joale pakeng tsa makhalo ao Jonathane a neng a a batla hore a tšelele setsing se ka thōko sa sesole+ sa Bafilista ho ne ho e-na le lefika le kang leino ka lehlakoreng lena le lefika le kang leino ka lehlakoreng lane, ’me lebitso la le leng e ne e le Bozeze ’me lebitso la le leng e le Sene. 5 Leino le leng e ne e le tšiea ka leboea le shebile Mikmashe,+ ’me le leng le ne le le ka boroa le shebile Geba.+
6 Kahoo Jonathane a re ho mohlanka, mojari oa lihlomo tsa hae: “Tloo ’me re tšelele setsing se ka thōko sa sesole sa banna bana ba sa bollang.+ Mohlomong Jehova o tla re sebeletsa, etsoe ha ho se ka sitisang Jehova ho pholosa ka ba bangata kapa ka ba seng bakae.”+ 7 Eaba mojari oa lihlomo tsa hae o re ho eena: “Etsa eng kapa eng e ka pelong ea hao. Retelehela moo u lakatsang. Bona! ke na le uena tumellanong le pelo ea hao.”+ 8 Joale Jonathane a re: “Bona! re tšelela ho banna bao, ’me a re ipepesetse bona. 9 Haeba ena ke tsela eo ba tla bua le rōna ka eona, ‘Emang ho fihlela re kopana le lōna!’ joale re tla ema moo re leng teng, ’me ha rea lokela ho nyolohela ho bona. 10 Empa haeba ena ke tsela eo ba tla bua ka eona, ‘Re futuheleng!’ joale re tla nyoloha, hobane ka sebele Jehova o tla nehelana ka bona matsohong a rōna, ’me ena ke pontšo bakeng sa rōna.”+
11 Eaba ba ipepesetsa lebotho la Bafilista le setsing se ka thōko sa sesole. Bafilista ba re: “Baheberu ke bana ba tsoa mekoting moo ba neng ba ipatile teng.”+ 12 Kahoo banna ba setsing se ka thōko sa sesole ba araba Jonathane le mojari oa lihlomo tsa hae ’me ba re: “Nyolohelang ho rōna, ’me re tla le ruta thuto!”+ Hang-hang Jonathane a re ho mojari oa lihlomo tsa hae: “Nyoloha ka mor’a ka, hobane ka sebele Jehova o tla nehelana ka bona matsohong a Baiseraele.”+ 13 Jonathane a ’na a nyoloha a khasa,+ ’me mojari oa lihlomo tsa hae a mo setse morao; ba qala ho oela ka pel’a Jonathane,+ ’me mojari oa lihlomo tsa hae a ntse a ba bolaea ka mor’a hae.+ 14 Polao ea pele eo Jonathane le mojari oa lihlomo tsa hae ba ileng ba ba bolaea ka eona ea e-ba ea banna ba ka bang mashome a mabeli ka har’a hoo e ka bang halofo ea mola o lenngoeng akereng ea tšimo.
15 Joale ho thothomela+ ha e-ba teng liahelong naheng le har’a batho bohle ba setsing se ka thōko sa sesole; lebotho la ba nkang thepa ka mahahapa+ la thothomela, le lefatše la qala ho sisinyeha,+ ’me ea e-ba ho thothomela ho tsoang ho Molimo.+ 16 Balebeli ba Saule ba Gibea+ ea Benjamine ba ho bona, ’me, bonang! morusu o ne o e-ea koana le koana.+
17 Saule a re ho batho ba neng ba e-na le eena: “Ka kōpo, balang ’me le bone hore na ke mang ea tsoileng ho rōna.” Ha ba bala, bonang! Jonathane le mojari oa lihlomo tsa hae ba ne ba le sieo. 18 Joale Saule a re ho Akija:+ “Atametsa areka ea Molimo oa ’nete!”+ (Etsoe areka ea Molimo oa ’nete e ne e le ho bara ba Iseraele letsatsing leo.)+ 19 Eitse ha Saule a ntse a bua le moprista,+ morusu o neng o le liahelong tsa Bafilista oa tsoela pele, oa e-ba moholo haholo. Joale Saule a re ho moprista: “Khutlisa letsoho la hao.” 20 Kahoo Saule hammoho le batho bohle ba neng ba e-na le eena ba bitsoa.+ Kahoo ba fihla ntoeng, ’me moo e mong le e mong o ne a futuhela oa habo ka sabole;+ tlhōlo e ne e le khōlō haholo. 21 Baheberu bao e neng e se e le ba Bafilista+ joaloka pele le ba neng ba nyolohetse le bona liahelong tse pota-potileng, esita le bona ba ne ba e-na le Baiseraele ba neng ba e-na le Saule le Jonathane. 22 Le banna bohle ba Iseraele ba neng ba ipatile+ sebakeng se lithaba sa Efraime ba utloa hore Bafilista ba balehile, ’me le bona ba ba beha merebele ntoeng. 23 Jehova a pholosa+ Baiseraele letsatsing leo, ’me ntoa ea fetela Bethe-avene.+
24 Banna ba Iseraele ba ne ba le tsietsing letsatsing leo, ’me leha ho le joalo Saule a hlapantša batho ka tieo,+ a re: “Ho rohakoe motho ea jang bohobe pele ho shoalane le ho fihlela ke iphetelitse+ ho lira tsa ka!” Ha ho le ea mong oa batho ea ileng a latsoa bohobe.+
25 Batho bohle ba naha ba tla merung, ha mahe a linotši+ a ne a le holim ’a naha. 26 Ha batho ba tla merung, bonang! ho ne ho rotha mahe a linotši,+ empa ho ne ho se ea isang letsoho molomong, hobane batho ba ne ba tšaba kano.+ 27 Ha e le Jonathane, o ne a sa utloa ha ntat’ae a hlapantša batho,+ kahoo a otlolla ntlha ea molamu o neng o le letsohong la hae a e qopetsa khekheng ea linotši ’me a khutlisetsa letsoho molomong, eaba mahlo a hae a qala ho khanya.+ 28 Eaba e mong oa batho oa araba ’me o re: “Ntat’ao o hlapantšitse batho ka tieo, a re, ‘Ho rohakoe motho ea jang bohobe kajeno!’”+ (Batho ba qala ho khathala.)+ 29 Leha ho le joalo, Jonathane a re: “Ntate o tlisitse khathatso+ naheng. Ka kōpo, bonang kamoo mahlo a ka a khanyang kateng hobane ke latsoitse mahenyana ana a linotši.+ 30 Ho ka be ho bile joalo hakaakang hoja batho ba ne ba jele+ kajeno thepeng e hapuoeng ea lira tsa bona eo ba e fumaneng!+ Etsoe joale polao holim ’a Bafilista ha ea ka ea e-ba khōlō.”+
31 Letsatsing leo ba ’na ba bolaea Bafilista ho tloha Mikmashe+ ho ea Ajalone,+ ’me batho ba khathala haholo.+ 32 Batho ba qala ho potlakela ka meharo thepeng e hapuoeng+ ’me ba nka linku le likhomo le manamane ba li hlabela fatše, ’me batho ba jelella le mali.+ 33 Kahoo ba bolella Saule, ba re: “Bona! Batho ba siteloa Jehova ka ho jelella le mali.”+ Eaba o re: “Le sebelitse ka bolotsana. Pele ho tsohle, phikolosetsang lejoe le leholo ho ’na.” 34 Ka mor’a moo Saule a re: “Hasanang har’a batho, ’me le re ho bona, ‘Atametsang ho ’na, e mong le e mong oa lōna, poho ea hae ’me e mong le e mong, nku ea hae, ’me le hlabele sebakeng sena le je, ’me le se ke la siteloa Jehova ka ho jelella le mali.’”+ Ka lebaka leo batho bohle ba atametsa e mong le e mong poho ea hae e neng e le letsohong la hae bosiung boo eaba ba hlabela moo. 35 Saule a hahela Jehova aletare.+ A qala ho hahela Jehova lialetare ka eona.+
36 Hamorao Saule a re: “A re theoheng re saleng Bafilista morao bosiu ’me re ba tlatlape ho fihlela ka meso,+ ’me re se ke ra siea le ea mong har’a bona.”+ Eaba ba re: “Etsa ntho leha e le efe e molemo mahlong a hao.” Joale moprista a re: “A re atameleng mona ho Molimo oa ’nete.”+ 37 Saule a qala ho botsa Molimo: “Na ke theohe ho sala Bafilista morao?+ Na u tla nehelana ka bona matsohong a Baiseraele?”+ Ha aa ka a mo araba letsatsing leo.+ 38 Kahoo Saule a re: “Atamelang mona,+ lōna banna bohle ba bohlokoa ba sechaba,+ ’me le fumane hantle le ho bona tsela eo sebe sena se bileng ka eona kajeno. 39 Etsoe ka Jehova ea phelang, eo e leng Molopolli oa Iseraele, esita le haeba se bile ka mora oa ka Jonathane, empa leha ho le joalo ka sebele o tla shoa.”+ Empa ho ne ho se ea mo arabang har’a batho bohle.40 A tsoela pele ho re ho Baiseraele bohle: “Le tla ba ka lehlakoreng le leng, ’me ’na le mora oa ka Jonathane—re tla ba ka lehlakoreng le leng.” Eaba batho ba re ho Saule: “Etsa se molemo mahlong a hao.”+
41 Saule a re ho Jehova: “Molimo oa Iseraele, fana ka Thumime!”+ Joale Jonathane le Saule ba nkoa, eaba batho baa tsoa.+ 42 Joale Saule a re: “Lahlang lotho+ e le hore le etse qeto pakeng tsa ka le mora oa ka Jonathane.” Jonathane a nkoa. 43 Joale Saule a re ho Jonathane: “Mpolelle, U entse’ng?”+ Kahoo Jonathane a mo bolella a re: “Kannete ke ile ka latsoa mahenyana a linotši ntlheng ea molamu o letsohong la ka.+ Ke ’na enoa! E-re ke shoe!”
44 Eaba Saule o re: “E se eka Molimo a ka etsa tjena ’me e se eka a ka ekelletsa ho seo,+ haeba ka sebele u sa shoe,+ Jonathane.” 45 Empa batho ba re ho Saule: “Na Jonathane o lokela ho shoa, ea tlisitseng poloko+ ee e khōlō Iseraele? Ke ho sa utloahaleng!+ Ka Jehova ea phelang,+ ha ho qoba leha e le ’ngoe ea moriri+ oa hae e tla oela fatše; etsoe o sebelitse le Molimo letsatsing lena.”+ Eaba batho ba lopolla+ Jonathane, ’me ha aa ka a shoa.
46 Kahoo Saule a ikhula hore a se ke a latela Bafilista, ’me Bafilista ba ea sebakeng sa bona.+
47 Saule a nka borena holim ’a Iseraele+ eaba o qala ho loantša ka hohle lira tsohle tsa hae, le Moabe+ le bara ba Ammone+ le Edomo+ le marena a Zoba+ le Bafilista;+ kae kapa kae moo a neng a retelehela teng o ne a fana ka kahlolo.+ 48 A tsoela pele ho etsa ka sebete+ ’me a bolaea Baamaleke+ le ho lopolla Baiseraele letsohong la ea ba nkelang thepa ka mahahapa.
49 Bara ba Saule ea e-ba Jonathane+ le Ishvi le Malki-shua,+ ’me, ha e le mabitso a barali ba hae ba babeli, lebitso la ea tsoetsoeng pele e ne e le Merabe+ ’me lebitso la e monyenyane e le Mikale.+ 50 Lebitso la mosali oa Saule e ne e le Akinoame morali oa Akimaze, ’me lebitso la molaoli oa lebotho la hae e ne e le Abnere+ mora oa Nere, mor’abo ntat’a Saule. 51 Kishe+ e ne e le ntat’a Saule, ’me Nere+ ntat’a Abnere e ne e le mora oa Abiele.
52 Ntoa ea tsoela pele e le boima khahlanong le Bafilista matsatsing ’ohle a Saule.+ Ha Saule a ne a bona monna leha e le ofe ea matla kapa motho leha e le ofe ea sebete, o ne a inkela eena.+
15 Joale Samuele a re ho Saule: “Jehova o ile a romela ’na ho u tlotsa+ hore u be morena oa batho ba hae ba Iseraele, ’me joale mamela lentsoe la litaelo tsa Jehova.+ 2 Sena ke seo Jehova oa mabotho+ a se boletseng, ‘Ke tla batla boikarabello+ ka seo Baamaleke ba ileng ba se etsa ho Baiseraele ha ba ne ba ipehile khahlanong le bona tseleng ha ba ne ba tsoa Egepeta.+ 3 Joale e-ea, ’me u hlasele Baamaleke+ le ho ba nehela timetso+ le tsohle tseo ba nang le tsona, ’me u se ke ua ba qenehela, u ba bolaee,+ monna hammoho le mosali, ngoana hammoho le ea anyang,+ poho hammoho le nku, kamele hammoho le esele.’”+ 4 Ka lebaka leo Saule a bitsa sechaba eaba o se bala a le Telaime,+ banna ba likete tse makholo a mabeli ba tsamaeang ka maoto le banna ba likete tse leshome ba Juda.+
5 Saule a fihla motseng oa Baamaleke ’me a lalla phuleng ea molapo o phoroselang. 6 Ho sa le joalo Saule a re ho Bakene:+ “Tsamaeang, tlohang,+ theohang le tlohe har’a Baamaleke, e le hore ke se ke ka le felisa hammoho le bona. Ha e le lōna, le ile la bontša mosa o lerato ho bara bohle ba Iseraele+ nakong ea ha ba tsoa Egepeta.”+ Kahoo Bakene ba tloha har’a Baamaleke. 7 Ka mor’a moo Saule a qala ho bolaea Baamaleke+ ho tloha Havila+ ho ea fihla Shure,+ e leng ka pel’a Egepeta. 8 A tšoara Agage+ morena oa Amaleke a ntse a phela, ’me batho ba bang bohle a ba nehela timetso ka bohale ba sabole.+ 9 Empa Saule le sechaba ba qenehela Agage le tse ntlehali tsa mohlape oa likhutšoane le tsa mohlape oa liphoofolo tse khōlō+ le tse nonneng le lipheleu le sohle se neng se le molemo, ’me ha baa ka ba lakatsa ho li nehela timetso.+ Ha e le thepa eohle e eisehang le e lahliloeng, eona ba e nehela timetso.
10 Joale lentsoe la Jehova la tla ho Samuele, la re: 11 “Ke soabile+ hore ebe ke entse hore Saule a buse e le morena, hobane o tlohetse+ ho ntatela, ’me ha aa phetha mantsoe a ka.”+ Hoo ha bakela Samuele mahlomola,+ ’me a ’na a hoeletsa ho Jehova bosiu bohle.+ 12 Joale Samuele a tsoha hoseng haholo ho ea kopana le Saule hoseng. Empa ha tlaleheloa Samuele, ha thoe: “Saule o tlile Karmele,+ ’me, bona! o ne a itlhomela sefika,+ joale a reteleha a tšela ’me a theohela Gilgale.” 13 Qetellong Samuele a tla ho Saule, ’me Saule a qala ho re ho eena: “U hlohonolofalitsoe+ ke Jehova. Ke phethile lentsoe la Jehova.”+ 14 Empa Samuele a re: “Joale molumo oo oa mohlape oa likhutšoane litsebeng tsa ka o bolela’ng, le molumo oa mohlape oa liphoofolo tse khōlō oo ke o utloang?”+ 15 Eaba Saule o re: “Ba li tlisitse li tsoa ho Baamaleke, hobane sechaba+ se ile sa qenehela tse ntlehali tsa mohlape oa likhutšoane le tsa mohlape oa liphoofolo tse khōlō, ka morero oa ho etsetsa Jehova Molimo oa hao sehlabelo;+ empa se ileng sa sala re se nehetse timetso.” 16 Eaba Samuele o re ho Saule: “Butle! Ke tla u bolella seo Jehova a mpoleletseng sona bosiung bo fetileng.”+ Kahoo a re ho eena: “Bua!”
17 Samuele a tsoela pele ho re: “Na hase ha u ne u le monyenyane mahlong a hao+ u ileng ua ba hlooho ea meloko ea Iseraele, ’me Jehova a u tlotsa+ hore u be morena oa Iseraele? 18 Hamorao Jehova a u roma ka thōmo ’me a re, ‘E-ea, ’me u nehele baetsalibe bao,+ Baamaleke, timetso, ’me u ba loantše ho fihlela u ba felisitse.’+ 19 Kahoo ke hobane’ng ha u sa mamela lentsoe la Jehova empa u potlaketse ka meharo thepeng e hapuoeng+ le ho etseng se sebe mahlong a Jehova?”+
20 Leha ho le joalo, Saule a re ho Samuele: “Empa ke mametse+ lentsoe la Jehova ka hore ebe ke ile ka ea thōmong eo Jehova a neng a nthomile ka eona ’me ke tlisitse Agage+ morena oa Amaleke, empa Baamaleke ke ba nehetse timetso.+ 21 Thepeng e hapuoeng sechaba+ sa qala ho nka linku le likhomo, tse ntle ka ho fetisisa tsa tsona e le ntho e nehetsoeng timetso, ho etsetsa Jehova Molimo oa hao sehlabelo+ Gilgale.”+
22 Eaba Samuele o re: “Na Jehova o thabela linyehelo tsa secheso+ le mahlabelo joalokaha a thabela ho mameloa ha lentsoe la Jehova? Bona! Ho mamela+ ho molemo ho feta sehlabelo,+ ho ela hloko ho molemo ho feta mafura+ a lipheleu; 23 etsoe borabele+ bo tšoana le sebe sa bonohe,+ ’me ho iketelletsa pele ka ho inkela molao matsohong ho tšoana le ho sebelisa matla a boselamose le terafime.+ Kaha u lahlile lentsoe la Jehova,+ ka lebaka leo oa u lahla hore u se ke ua ba morena.”+
24 Joale Saule a re ho Samuele: “Ke entse sebe;+ kaha ke tlōtse taelo ea Jehova le mantsoe a hao, hobane ke ile ka tšaba batho+ ’me ka mamela lentsoe la bona. 25 Joale, ka kōpo, tšoarela+ sebe sa ka ’me u khutle le ’na e le hore nka itihela fatše ka sefahleho+ ho Jehova.” 26 Empa Samuele a re ho Saule: “Nke ke ka khutla le uena, etsoe u lahlile lentsoe la Jehova, ’me Jehova oa u lahla hore u se ke ua tsoela pele u le morena oa Iseraele.”+ 27 Ha Samuele a reteleha hore a tsamaee, kapele-pele a tšoara moleka oa seaparo sa hae se se nang matsoho, empa sa hahoha.+ 28 Eaba Samuele o re ho eena: “Jehova o hahotse+ bobusi ba Iseraele ho uena kajeno, ’me ka sebele o tla bo fa oa heno ea molemo ho u feta.+ 29 Ntle ho moo, Mohlomphehi ea Khabane oa Iseraele+ e ke ke ea e-ba ea se nang ’nete,+ ’me A ke ke a ikoahlaea, etsoe Eena hase motho oa lefatše hoo a ka ikoahlaeang.”+
30 Eaba o re: “Ke entse sebe. Joale ka kōpo, ntlhomphe+ ka pel’a banna ba baholo ba sechaba sa heso le ka pel’a Baiseraele u khutle le ’na, ’me ka sebele ke tla itihela fatše ka sefahleho ho Jehova Molimo oa hao.”+ 31 Kahoo Samuele a khutla a setse Saule morao, eaba Saule o qala ho itihela fatše ka sefahleho ho Jehova. 32 Ka mor’a moo Samuele a re: “Atametsang Agage morena oa Amaleke ho ’na.” Joale Agage a ea ho eena a le leqe, eaba Agage o qala ho ipolella ho re: “Kannete phihlelo e bohloko ea lefu e tlohile.” 33 Leha ho le joalo, Samuele a re: “Feela joalokaha sabole+ ea hao e amohile basali bana, ka tsela eo ’m ’ao+ o tla amohuoa bana ho feta basali ba bang.”+ Eaba Samuele o qala ho poma Agage likoto ka pel’a Jehova Gilgale.+
34 Joale Samuele a ea Rama, ’me Saule a nyolohela ntlong ea hae Gibea+ ea Saule. 35 Samuele ha aa ka a bona Saule hape ho fihlela letsatsing la lefu la hae, hobane Samuele o ne a siame+ ka lebaka la Saule. Ha e le Jehova, a soabela hore ebe o ne a entse Saule morena oa Iseraele.+
16 Qetellong Jehova a re ho Samuele: “U tla ’ne u siame ka lebaka la Saule halelele hakae,+ ha ’na, ka lehlakoreng le leng, ke mo lahlile hore a se ke a busa e le morena oa Iseraele?+ Tlatsa lenaka la hao ka oli+ ’me u tsamaee. Ke tla u romela ho Jese+ Mobethlehema, hobane ke iphumanetse morena har’a bara ba hae.”+ 2 Empa Samuele a re: “Nka ea joang? Hang ha Saule a utloile ka hona ka sebele o tla mpolaea.”+ Jehova a tsoela pele ho re: “U lokela ho nka khomo e nyenyane ea mohlape oa liphoofolo tse khōlō u tsamaee le eona, ’me u tla re, ‘Lebaka leo ke tlileng ka lona ke ho etsetsa Jehova sehlabelo.’+ 3 U tla bitsetsa Jese sehlabelong; ke tla u tsebisa seo u lokelang ho se etsa,+ ’me u tla ntlotsetsa+ eo ke u bontšang eena.”
4 Samuele a etsa seo Jehova a se buileng. Ha a fihla Bethlehema+ banna ba baholo ba motse ba qala ho thothomela+ ha ba kopana le eena, kahoo ba re: “Na u tlile ka khotso?”+ 5 Eaba o re: “Ke tlile ka khotso. Lebaka leo ke tlileng ka lona ke ho etsetsa Jehova sehlabelo. Ikhalaletseng,+ ’me le tle le ’na sehlabelong.” Joale a halaletsa Jese le bara ba hae, ka mor’a moo a ba bitsetsa sehlabelong. 6 Eare ha ba kena ’me a re heli! a bona Eliabe,+ hang-hang a re: “Ka sebele motlotsuoa oa Jehova o ka pel’a hae.” 7 Empa Jehova a re ho Samuele: “U se ke ua talima ponahalo ea hae le bophahamo ba seemo sa hae,+ kaha ke mo lahlile. Etsoe tsela eo motho a bonang ka eona hase [tsela eo Molimo a bonang ka eona],+ hobane motho o bona se bonahalang mahlong;+ empa ha e le Jehova, o bona seo pelo+ e leng sona.” 8 Joale Jese a bitsa Abinadabe+ ’me a re a fete ka pel’a Samuele, empa a re: “Le enoa Jehova ha aa mo khetha.” 9 Ka mor’a moo Jese a re Shama+ a fete, empa a re: “Le enoa Jehova ha aa mo khetha.” 10 Kahoo Jese a re ba supileng ba bara ba hae ba fete ka pel’a Samuele; ho ntse ho le joalo Samuele a re ho Jese: “Jehova ha aa ba khetha.”
11 Qetellong Samuele a re ho Jese: “Na bana ke bona bashanyana bohle?” Eaba o re: “E monyenyane o setse ho fihlela joale,+ ’me bona! o ntse a fulisa linku.”+ Eaba Samuele o re ho Jese: “Romeletsa hore a latoe, hobane re ke ke ra lula lijong ho fihlela a tlile mona.” 12 Tumellanong le hoo a romeletsa hore a tlisoe. Joale o ne a le mofubelu,+ e le mohlankana ea nang le mahlo a matle le ea ponahalo e ntle. Joale Jehova a re: “Ema, u mo tlotse, etsoe enoa ke eena!”+ 13 Ka lebaka leo Samuele a nka lenaka la oli+ ’me a mo tlotsa har’a barab’abo. Moea oa Jehova oa qala ho sebetsa ho Davida ho tloha letsatsing leo ho ea pele.+ Hamorao Samuele a tloha ’me a ea Rama.+
14 Moea oa Jehova oa tloha+ ho Saule, ’me moea o mobe+ o tsoang ho Jehova oa mo tšosa. 15 Bahlanka ba Saule ba qala ho re ho eena: “Bona! joale, moea o mobe oa Molimo oa u tšosa. 16 Ka kōpo, morena oa rōna a ke a laele bahlanka ba hao ka pel’a hao hore ba batle monna ea nang le tsebo+ ea letsang harepa.+ Etlare ha moea o mobe oa Molimo o tla holim ’a hao, o tla lokela ho letsa ka letsoho la hae, ’me ka sebele lintho li tla u tsamaela hantle.” 17 Kahoo Saule a re ho bahlanka ba hae: “Ka kōpo, mphumaneleng monna ea ipabolang ka ho letsa, ’me le mo tlise ho ’na.”+
18 E mong oa bahlanka a araba a re: “Bonang! Ke bone kamoo mora oa Jese Mobethlehema a nang le tsebo ea ho letsa kateng,+ ebile ke monna ea sebete, ea matla+ le monna oa ntoa+ le sebui se kelello+ le monna ea bōpehileng hantle,+ ’me Jehova o na le eena.”+ 19 Joale Saule a romela manģosa ho Jese ’me a re: “Romela mora oa hao Davida ho ’na, ea leng mohlapeng.”+ 20 Kahoo Jese a nka esele, bohobe le lekuka+ la veine le potsanyane ’me a li romela ho Saule ka letsoho la mora oa hae Davida.+ 21 Kahoo Davida a tla ho Saule ’me a mo sebeletsa;+ a mo rata haholo, ’me ea e-ba mojari oa lihlomo tsa hae.+ 22 Ka lebaka leo Saule a romeletsa ho Jese, a re: “Ka kōpo, e-re Davida a ’ne a ntšebeletse, etsoe o fumane kamohelo mahlong a ka.” 23 Eitse ha moea oa Molimo o e-ba holim ’a Saule, Davida a nka harepa ’me a letsa ka letsoho la hae; ho ne ho e-ba le phomolo bakeng sa Saule ebile lintho li ne li mo tsamaela hantle, ’me moea o mobe o ne o tloha ho eena.+
17 Bafilista+ ba qala ho phutha mabotho a bona bakeng sa ntoa. Ha ba phuthehile Soko,+ ea Juda, joale ba hloma liahelo pakeng tsa Soko le Azeka,+ Efese-damime.+ 2 Ha e le Saule le banna ba Iseraele, ba phutheha eaba ba hloma liahelo khohlong ea Ela,+ ’me ba qala ho etsa thekō ho kopana le Bafilista. 3 Bafilista ba ne ba eme thabeng ka lehlakoreng lena, ’me Baiseraele ba ne ba eme thabeng ka lehlakoreng lane, ho e-na le phula pakeng tsa bona.
4 Mohlabani a qala ho tsoa liahelong tsa Bafilista, lebitso la hae e le Goliathe,+ a tsoa Gathe,+ bophahamo ba hae e le litsoe tse tšeletseng le boahlamo ba seatla.+ 5 O ne a roetse helmete ea koporo hloohong, ’me a apere seaparo se makhakhapha a tšepe, sa makhakhapa a palamaneng, ’me boima ba seaparo se makhakhapa a tšepe+ e ne e le lishekele tsa koporo tse likete tse hlano. 6 Ho ne ho e-na le litšireletso tsa ’momo tsa koporo ka holim ’a maoto a hae le lerumo le betsoang+ la koporo pakeng tsa mahetla a hae. 7 Thekō ea lehong ea lerumo la hae e ne e le joaloka toloki ea ba sebetsang ka foreimi e etsang masela,+ ’me motsu oa lerumo la hae e ne e le lishekele tsa tšepe tse makholo a tšeletseng; mojari oa thebe e khōlō o ne a mo eteletse pele. 8 Joale a ema eaba o qala ho hoeletsa makhotla a Iseraele+ ’me o re ho ’ona: “Ke hobane’ng ha le tsoa ho etsa thekō ea ntoa? Na ha ke Mofilista ’me na lōna ha le bahlanka+ ba Saule? Ikhetheleng monna, ’me le re a theohele ho ’na. 9 Haeba a khona ho loana le ’na ’me a mpolaea, joale re tla ba bahlanka ba lōna. Empa haeba ke lekana le eena ’me ke mo bolaea, le lōna le tla ba bahlanka ba rōna, ’me le tla re sebeletsa.”+ 10 Mofilista eo a tsoela pele ho re: “Ke nyelisa+ makhotla a Iseraele letsatsing lena. Mpheng monna, ’me re loane le eena!”+
11 Ha Saule+ le Baiseraele bohle ba utloa mantsoe ana a Mofilista, joale ba haroha letsoalo ’me ba tšoha haholo.+
12 Joale Davida e ne e le mora oa Moefratha+ enoa ea tsoang Bethlehema ea Juda eo lebitso la hae e neng e le Jese. O ne a e-na le bara ba robeli.+ Matsatsing a Saule monna eo o ne a se a tsofetse har’a banna. 13 Bara ba bararo ba baholo ba Jese ba tsamaea. Ba sala Saule morao ho ea ntoeng,+ ’me mabitso a bara ba hae ba bararo ba ileng ba ea ntoeng e ne e le Eliabe+ letsibolo, le mora oa hae oa bobeli Abinadabe+ le oa boraro Shama.+ 14 Davida o ne a le monyenyane,+ ’me ba bararo ba baholo ba ile ba sala Saule morao.
15 Davida o ne a e-ea ho Saule ebile a khutla ho ea hlokomela linku+ tsa ntat’ae Bethlehema. 16 Mofilista eo a ’na a atamela hoseng haholo le mantsiboea ’me a ema ka matsatsi a mashome a mane.
17 Joale Jese a re ho mora oa hae Davida: “Ka kōpo, isetsa barab’eno efa ena ea lijo-thollo tse halikiloeng+ le mahobe ana a leshome, ’me u li ise kapele liahelong ho barab’eno. 18 Likarolo tsena tse leshome tsa lebese u lokela ho li tlisa ho molaoli oa ba sekete;+ hape, u fumane hore na barab’eno ba phela joang,+ ’me u lokela ho nka pontšo ho bona.” 19 Khabareng, Saule le bona le banna ba bang kaofela ba Iseraele ba ne ba le khohlong ea Ela,+ ba ntse ba loantša Bafilista.+
20 Ka lebaka leo Davida a tsoha hoseng haholo eaba o siea linku taolong ea mohlokomeli ’me o phutha mehasoana eaba o tsamaea feela joalokaha Jese a ne a mo laetse.+ Ha a fihla liahelong,+ mabotho a sesole a ne a tsoa ho ea moleng oa ntoa,+ eaba a tlerola mohoo oa ntoa. 21 Baiseraele le Bafilista ba qala ho etsa thekō e le hore mola oa ntoa o kopane le mola oa ntoa. 22 Kapele-pele Davida a siea thōtō+ tlhokomelong ea mohlokomeli oa thōtō+ eaba o qala ho mathela moleng oa ntoa. Ha a fihla, a qala ho botsa hore na barab’abo ba phela joang.+
23 Ha a ntse a bua le bona, mohlabani enoa, eo lebitso la hae e neng e le Goliathe+ Mofilista ea tsoang Gathe,+ o ne a nyoloha makhotleng a Bafilista, eaba o qala ho bua mantsoe a tšoanang le a pele,+ ’me Davida a mamela. 24 Ha e le banna bohle ba Iseraele, ha ba bona monna eo, ba qala ho baleha ka lebaka la hae ’me ba ne ba tšohile haholo.+ 25 Banna ba Iseraele ba qala ho re: “Na le bone monna eo ea nyolohang? Etsoe o nyolohela ho nyelisa+ Iseraele. Monna ea tla ’molaea, morena o tla mo ruisa ka maruo a maholo, ’me o tla mo fa morali oa hae,+ ’me o tla lokolla ntlo ea ntat’ae Iseraeleng.”+
26 Davida a qala ho re ho banna ba neng ba eme haufi le eena: “Ho tla etsoa’ng ka monna ea bolaeang Mofilista+ eo ’me a tlosa nyeliso holim ’a Iseraele?+ Etsoe Mofilista eo ea sa bollang+ ke mang hore a nyelise+ makhotla a Molimo ea phelang?”+ 27 Joale batho ba mo bolella mantsoe a tšoanang le a pele, ba re: “Ho tla etsoa ka tsela ena ka monna ea mo bolaeang.” 28 Eliabe+ mor’abo e moholo a utloa ha a ntse a bua le banna bao, ’me bohale ba Eliabe ba tukela Davida,+ hoo a ileng a re: “U theohetse’ng? ’Me linku tsela tse seng kae u li siile taolong ea mang lefeelleng?+ Ke tseba ho iketelletsa pele ha hao le bobe ba pelo ea hao,+ hobane u theohile ka morero oa ho tla bona ntoa.”+ 29 Eaba Davida o re: “Ke entse’ng joale? Na e ne e se lentsoe feela?”+ 30 Eaba oa reteleha o tloha ho eena o ea ho e mong ’me o qala ho bua lentsoe le tšoanang le la pele,+ batho le bona ba mo fa karabo e tšoanang le ea pele.+
31 Kahoo mantsoe ao Davida a ileng a a bua a ile a utluoa, eaba ba qala ho a bolela ka pel’a Saule. Kahoo a mo lata. 32 Davida a re ho Saule: “U se ke ua tlohela pelo ea monna leha e le ofe hore e sithabele ka hare ho eena.+ Mohlanka oa hao o tla ea ’me a loane le Mofilista enoa.”+ 33 Empa Saule a re ho Davida: “Ha u khone ho futuhela Mofilista enoa ho loana le eena,+ etsoe u sa le moshanyana,+ ’me eena ke monna oa ntoa ho tloha boshanyaneng ba hae.” 34 Davida a tsoela pele ho re ho Saule: “Mohlanka oa hao e bile molisa oa tsa ntat’ae har’a mohlape, ’me ho ile ha tla tau,+ le bere, ’me e ’ngoe le e ’ngoe ea nka nku mohlapeng. 35 Ka e sala morao eaba kea e hlaba+ ’me ke e pholosa molomong oa eona. Ha e ntsohela matla, ka e tšoara ka litelu eaba kea e hlaba ’me kea e bolaea. 36 Mohlanka oa hao o ile a bolaea tau le bere; ’me Mofilista enoa ea sa bollang+ o tla ba joaloka e ’ngoe ea tsona, kaha o nyelisitse+ makhotla+ a Molimo ea phelang.”+ 37 Joale Davida a eketsa: “Jehova, ea ileng a ntopolla marōng a tau le marōng a bere, ke eena ea tla ntopolla letsohong la Mofilista enoa.”+ Eaba Saule o re ho Davida: “Tsamaea, ’me e se eka Jehova a ka ba le uena.”+
38 Joale Saule a qala ho apesa Davida liaparo tsa hae, eaba o mo roesa helmete ea koporo hloohong, ka mor’a moo a mo apesa seaparo se makhakhapha a tšepe. 39 Joale Davida a tlamella sabole ea hae holim ’a liaparo tsa hae ’me a leka ho tsamaea [empa a sitoa], hobane o ne a e-s’o itekanye tsona. Qetellong Davida a re ho Saule: “Ha ke khone ho tsamaea ka lintho tsena, kaha ke sa ka ka itekanya tsona.” Kahoo Davida a li hlobola.+ 40 A nka molamu oa hae ka letsoho ’me a ikhethela majoe a mahlano a boreleli ka ho fetisisa phuleng ea molapo o phoroselang eaba o a tšela ka mokotleng oa hae oa balisa oo a neng a tšela ka ho oona, ’me o ne a tšoere letjeketjane la hae letsohong.+ A qala ho atamela Mofilista.
41 Mofilista a qala ho tla, a ’na a atamela ho Davida, ’me monna ea jereng thebe e khōlō o ne a mo eteletse pele. 42 Joale ha Mofilista a talima ’me a bona Davida, a qala ho mo nyelisa+ hobane e ne e le moshanyana+ ebile a le mofubelu,+ a le ponahalo e ntle.+ 43 Kahoo Mofilista a re ho Davida: “Na ke ntja,+ hoo u tlang ho ’na ka melamu?” Eaba Mofilista o rohaka Davida ka melimo ea hae.+ 44 Mofilista a tsoela pele ho re ho Davida: “Tloo ho ’na, ’me nama ea hao ke tla e fa linonyana tsa leholimo le liphoofolo tsa naha.”+
45 Davida le eena a re ho Mofilista: “U tla ho ’na ka sabole le ka lerumo le ka lerumo le betsoang,+ empa ’na ke tla ho uena ka lebitso la Jehova oa mabotho,+ Molimo oa makhotla a Iseraele, eo u mo nyelisitseng.+ 46 Letsatsing lena Jehova o tla nehelana ka uena letsohong la ka,+ ’me ka sebele ke tla u bolaea ’me ke u khaole hlooho; ka sebele letsatsing lena ke tla fa linonyana tsa maholimo le libata tsa naha litopo tsa batho ba lulang liahelong tsa Bafilista;+ batho ba lefatše lohle ba tla tseba hore ho na le Molimo oa Iseraele.+ 47 Phutheho ena eohle e tla tseba hore Jehova ha a pholose ka sabole kapa ka lerumo,+ hobane ntoa ke ea Jehova,+ ’me o tla nehelana ka lōna matsohong a rōna.”+
48 Mofilista a ema ’me a ’na a tla le ho atamela ho ea kopana le Davida, ’me Davida a qala ho potlaka le ho mathela moleng oa ntoa ho ea kopana le Mofilista.+ 49 Joale Davida a kenya letsoho mokotleng oa hae ’me a nka lejoe moo eaba oa le tjeketjela, hoo a ileng a otla+ Mofilista phatleng ’me lejoe la fohlotsa phatla ea hae, eaba o qala ho oela fatše ka sefahleho.+ 50 Kahoo Davida, ka letjeketjane le lejoe, o ne a le matla ho feta Mofilista ’me a liha Mofilista eaba oa mo bolaea; Davida o ne a sa tšoara sabole letsohong.+ 51 Davida a tsoela pele ho matha ’me a ema holim ’a Mofilista. Joale a nka sabole+ ea hae a e tsomula selateng sa eona ’me a mo bolaea ha a mo khaola hlooho ka eona.+ Bafilista ba bona hore senatla sa bona se shoele, eaba baa baleha.+
52 Eaba banna ba Iseraele le ba Juda baa ema ba tlerola mohoo ’me ba lelekisa+ Bafilista ho fihlela phuleng+ le ho ea fihla lihekeng tsa Ekrone,+ ’me Bafilista ba ntšitsoeng maqeba a bolaeang ba ’na ba oela tseleng ho tloha Sharaime,+ ho ea fihla Gathe le ho ea fihla Ekrone. 53 Ka mor’a moo bara ba Iseraele ba khutla ho beheng Bafilista merebele eaba ba qala ho inkela thepa ka mahahapa+ liahelong tsa bona.
54 Joale Davida a nka hlooho+ ea Mofilista ’me a e tlisa Jerusalema, ’me libetsa tsa hae a li beha ka tenteng ea hae.+
55 Joale eare ha Saule a bona Davida a tsoa ho ea kopana le Mofilista, a re ho Abnere+ molaoli oa lebotho: “Moshanyana+ eo ke mora oa mang,+ Abnere?” Eaba Abnere o re: “Ka moea oa hao o phelang, morena, ho hang ha ke tsebe!” 56 Kahoo morena a re: “Botsa hore na mohlankana eo ke mora oa mang.” 57 Ka lebaka leo, hang ha Davida a khutlile ho bolaeeng Mofilista, Abnere a mo nka le ho mo tlisa ka pel’a Saule a nkile hlooho+ ea Mofilista ka letsoho. 58 Joale Saule a re ho eena: “U mora oa mang, moshanyana?” eaba Davida o re: “Ke mora oa mohlanka oa hao Jese+ Mobethlehema.”+
18 Eitse hang ha a qetile ho bua le Saule, moea oa Jonathane+ oa tlamahana+ le moea oa Davida, ’me Jonathane a qala ho mo rata joaloka moea oa hae.+ 2 Joale Saule a mo nka letsatsing leo, ’me ha aa ka a mo lumella ho khutlela ntlong ea ntat’ae.+ 3 Jonathane le Davida ba hlaba selekane,+ ka lebaka la ho mo rata ha hae joaloka moea oa hae.+ 4 Ho ekelletsa moo, Jonathane a hlobola seaparo se se nang matsoho se neng se le ho eena ’me a se fa Davida, le tsona liaparo tsa hae, esita le sabole ea hae le seqha sa hae le lebanta la hae. 5 Davida a qala ho tsoa. Kae kapa kae moo Saule a neng a mo romela teng o ne a etsa ka bohlale,+ hoo Saule a ileng a mo beha hore a okamele banna ba ntoa;+ ha bonahala ho le molemo mahlong a batho bohle le mahlong a bahlanka ba Saule.
6 Eitse ha ba kena, ha Davida a khutla ho bolaeeng Bafilista, basali ba qala ho tsoa metseng eohle ea Iseraele ka pina+ le metjeko ho khahlanyetsa Morena Saule, ka meropa e menyenyane,+ ka thabo+ le ka lilute. 7 Basali ba neng ba keteka ba ’na ba arabela ba re:
“Saule o bolaile likete tsa hae,
Davida o bolaile likete tsa hae tse mashome.”+
8 Saule a qala ho halefa haholo,+ ’me polelo ena e ne e le mpe ponong ea hae, hoo a ileng a re: “Ba file Davida likete tse mashome, empa ’na ba mphile likete, ’me ho setseng feela ke hore a fuoe borena!”+ 9 Ho tloha letsatsing leo ho ea pele Saule o ne a tsoela pele ho sheba Davida ka ho mo belaella.+
10 Eitse letsatsing le hlahlamang+ moea o mobe oa Molimo oa sebetsa holim ’a Saule,+ hoo a ileng a itšoara joaloka moprofeta+ ka har’a ntlo, ha Davida a ntse a letsa ’mino ka letsoho la hae,+ joaloka matsatsing a pele; lerumo le ne le le letsohong la Saule.+ 11 Saule a betsa lerumo+ a re: “Ke tla hlabella Davida leboteng!”+ empa Davida a qoba ka pel’a hae, habeli.+ 12 Saule a tšaba+ Davida kahobane Jehova o ne a e-na le eena,+ empa o ne a furaletse Saule.+ 13 Ka lebaka leo Saule a mo tlosa sehlopheng+ sa hae eaba o mo beha hore e be molaoli oa ba sekete bakeng sa hae; kamehla o ne a tsoa ebile a kena ka pel’a batho.+ 14 Davida o ne a tsoela pele ho etsa ka bohlale+ litseleng tsohle tsa hae, ’me Jehova o ne a e-na le eena.+ 15 Saule a ’na a bona hore o ne a etsa ka bohlale haholo,+ hoo a neng a mo tšaba. 16 Baiseraele bohle le Bajuda ba ne ba rata Davida, hobane o ne a tsoa ebile a kena ka pel’a bona.
17 Qetellong Saule a re ho Davida: “Morali oa ka e moholo Merabe+ ke enoa. Ke eena eo ke tla u fa eena hore e be mosali oa hao.+ U mpe u be motho ea sebete ho ’na ’me u loane lintoa tsa Jehova.”+ Empa ha e le Saule, a ipolella ho re: “Letsoho la ka le se ke la e-ba holim ’a hae, empa matsoho a Bafilista a ke a be holim ’a hae.”+ 18 Eaba Davida o re ho Saule: “’Na ke mang ’me beng ka ’na, lelapa la Ntate, ke bo-mang Iseraele, hoo nka bang mokhoenyana oa morena?”+ 19 Leha ho le joalo, nakong ea ha ho fanoa ka Merabe, morali oa Saule, ho Davida, ho ne ho se ho ntse ho fanoe ka eena hore e be mosali oa Adriele+ Momehola.+
20 Joale Mikale,+ morali oa Saule, o ne a rata Davida, eaba ba qala ho tlalehela Saule, ’me o ne a rata taba eo. 21 Kahoo Saule a re: “Ke tla mo fa eena e le hore e ka ba leraba ho eena,+ le hore matsoho a Bafilista a ka ba holim ’a hae.” Ka lebaka leo Saule a re ho Davida: “Kajeno u tla etsa selekane sa lenyalo le ’na ka e mong oa basali bana ba babeli.” 22 Ho ekelletsa moo, Saule a laela bahlanka ba hae: “Buang le Davida ka sephiring, le re, ‘Bona! Morena o khahliloe ke uena, ’me bahlanka bohle ba hae baa u rata. Kahoo joale etsa selekane sa lenyalo le morena.’” 23 Bahlanka ba Saule ba qala ho bua mantsoe ana moo Davida a ntseng a utloa, empa Davida a re: “Na ke ntho e bonolo mahlong a lōna ho etsa selekane sa lenyalo le morena, ha ’na ke le monna ea nang le ho honyenyane+ le ea khelloang fatše?”+ 24 Joale bahlanka ba Saule ba mo tlalehela, ba re: “Davida o buile mantsoe a tjena.”
25 Eaba Saule o re: “Sena ke seo le tla se bolella Davida, ‘Morena ha a khahloe ke chelete ea bohali,+ empa o khahloa ke lintlha tsa matlalo a lekholo a litho tsa botona+ a Bafilista, ho iphetetsa+ ho lira tsa morena.’” Empa ha e le Saule, o ne a rerile hore Davida a oe ka matsoho a Bafilista. 26 Kahoo bahlanka ba hae ba tlalehela Davida mantsoe ana, ’me Davida o ne a rata taba eo, ea ho etsa selekane sa lenyalo+ le morena, ’me matsatsi a ne a e-s’o fele. 27 Kahoo Davida a ema ’me eena le banna ba hae ba ea eaba ba bolaea+ har’a Bafilista banna ba makholo a mabeli, ’me Davida a tlisa lintlha tsa matlalo a makholo a mabeli a litho tsa botona+ a a fa morena kaofela, ho etsa selekane sa lenyalo le morena. Saule le eena a mo fa morali oa hae Mikale hore e be mosali oa hae.+ 28 Saule a bona ’me a tseba hore Jehova o ne a e-na le Davida.+ Ha e le Mikale, morali oa Saule, o ne a mo rata.+ 29 Saule a boela a ’na a tšaba Davida haholo, ’me Saule ea e-ba sera sa Davida kamehla.+
30 Likhosana+ tsa Bafilista li ne li tsoa, ’me e ne e re nako le nako ha li tsoa Davida o ne a etsa ka bohlale+ ka ho fetisisa ho bahlanka bohle ba Saule; lebitso la hae ea e-ba la bohlokoa haholo.+
19 Qetellong Saule a bua le mora oa hae Jonathane le bahlanka bohle ba hae ka ho bolaea Davida.+ 2 Ha e le Jonathane, mora oa Saule, o ne a khahloa ke Davida haholo.+ Kahoo Jonathane a bolella Davida, a re: “Saule Ntate o batla hore u bolaoe. Joale, ka kōpo, u itebele hoseng, ’me u lule sephiring u ipate.+ 3 Ke tla tsoa ’me ka sebele ke eme lehlakoreng la Ntate naheng moo u tlang ho ba teng, ’me ke tla u buella ho Ntate, ’me ka sebele ke tla bona se tla etsahala, ’me ke tla tiisa hore kea u bolella.”+
4 Ka lebaka leo Jonathane a bua hantle+ ka Davida ho ntat’ae Saule ’me a re ho eena: “Morena a se ke a siteloa+ mohlanka oa hae Davida, etsoe ha aa u siteloa ebile mesebetsi ea hae e ’nile ea e-ba metle haholo ho uena.+ 5 O ile a beha moea oa hae seatleng+ sa hae ’me a bolaea Bafilista,+ hoo Jehova a ileng a tlisetsa Baiseraele bohle poloko+ e khōlō. U e bone, ’me ua thaba. Kahoo ke hobane’ng ha u ka siteloa mali a hlokang molato ka ho etsa hore Davida a bolaeloe+ lefeela?”+ 6 Joale Saule a mamela lentsoe la Jonathane, ’me Saule a hlapanya: “Ka Jehova ea phelang,+ a ke ke a bolaoa.” 7 Ka mor’a moo Jonathane a bitsa Davida ’me Jonathane a mo bolella mantsoe ana ’ohle. Joale Jonathane a tlisa Davida ho Saule, ’me a tsoela pele a le ka pel’a hae joaloka pele.+
8 Ka mor’a nako ntoa ea boela ea qhoma ’me Davida a qala ho khoroha a loantša Bafilista a ba bolaea ka polao e khōlō,+ ’me ba baleha ka pel’a hae.+
9 Moea o mobe+ oa Jehova oa e-ba holim ’a Saule ha a ntse a lutse ka tlung ea hae a tšoere lerumo la hae letsohong, ha Davida a ntse a letsa ’mino ka letsoho. 10 Ka lebaka leo Saule a leka ho hlabella Davida leboteng+ ka lerumo, empa a fola+ ka pel’a Saule, hoo a ileng a hlaba leboteng ka lerumo. Davida a baleha e le hore a ka phonyoha bosiung boo.+ 11 Hamorao Saule a romela manģosa+ ntlong ea Davida ho e lebela le ho etsa hore a bolaoe hoseng;+ empa mosali oa hae Mikale a bolella Davida, a re: “Haeba u sa balehise moea oa hao bosiung bona, hosasane u tla be u le monna ea bolailoeng.” 12 Kapele-pele Mikale a etsa hore Davida a theohe ka fensetere, e le hore a ka tsamaea ’me a balehe a phonyohe.+ 13 Joale Mikale a nka setšoantšo sa terafime+ ’me a se beha setulong se kang bethe, eaba o beha lesela la boea ba pōli sebakeng sa hlooho ea hae, ka mor’a moo a se koahela ka seaparo.
14 Joale Saule a romela manģosa ho ea lata Davida, empa a re: “Oa kula.”+ 15 Kahoo Saule a romela manģosa ho ea bona Davida, a re: “Mo tliseng ho ’na a le setulong sa hae se kang bethe hore a bolaoe.”+ 16 Ha manģosa a kena, ho ne ho e-na le setšoantšo sa terafime setulong se kang bethe ’me lesela la boea ba pōli le le sebakeng sa hlooho ea hae. 17 Eaba Saule o re ho Mikale: “Ke hobane’ng ha u nqhekeletse+ tjee, hoo u entseng hore sera+ sa ka se tsamaee e le hore se ka phonyoha?” Mikale le eena a re ho Saule: “O itse ho ’na, ‘E-re ke tsamaee! Ke hobane’ng ha ke lokela ho u bolaea?’”
18 Ha e le Davida, a baleha eaba oa phonyoha+ ’me a tla ho Samuele Rama.+ A mo bolella tsohle tseo Saule a neng a mo entse tsona. Joale eena le Samuele ba tsamaea, ’me ba lula Najothe.+ 19 Ka mor’a nako tlaleho ea fihla ho Saule, e reng: “Bona! Davida o Najothe e Rama.” 20 Hang-hang Saule a romela manģosa ho ea lata Davida. Eitse ha a bona ba hōlileng ba baprofeta ba profeta, ’me Samuele a ba okametse, moea+ oa Molimo oa e-ba holim ’a manģosa a Saule, eaba le ’ona a qala ho itšoara joaloka baprofeta.+
21 Ha ba bolella Saule, kapele-pele a romela manģosa a mang, eaba le ’ona a qala ho itšoara joaloka baprofeta. Kahoo Saule a romela manģosa hape, sehlopha sa boraro, eaba le ’ona a qala ho itšoara joaloka baprofeta. 22 Qetellong le eena a ea Rama. Ha a fihla selibeng se seholo se Seku, a qala ho botsa a re: “Samuele le Davida ba hokae?” Eaba ba re: “Mane Najothe+ e Rama.” 23 A ’na a tsamaea ho tloha moo ho ea Najothe e Rama, eaba moea+ oa Molimo o ba holim ’a hae, e, eena, eaba o tsoela pele ho tsamaea ’me a tsoela pele ho itšoara joaloka moprofeta ho fihlela a fihla Najothe e Rama. 24 Le eena a hlobola liaparo tsa hae a itšoara joaloka moprofeta ka pel’a Samuele, ’me a paqama fatše a hlobotse letsatsi leo lohle le bosiu boo bohle.+ Ke ka lebaka leo ba ileng ba re: “Na Saule le eena o har’a baprofeta?”+
20 Davida a qala ho baleha+ Najothe e Rama. Leha ho le joalo, a tla ’me a re ka pel’a Jonathane: “Ke entse’ng?+ Phoso ea ka ke efe, ’me sebe seo ke se entseng ka pel’a ntat’ao ke sefe, kaha o batla moea oa ka?” 2 Eaba o re ho eena: “Ke ho sa utloahaleng!+ U ke ke ua shoa. Bona! Ntate a ke ke a etsa ntho e khōlō kapa e nyenyane ’me a se ke a e senola tsebeng ea ka;+ ke ka lebaka lefe Ntate a ka mpatelang taba ee?+ Sena ha se etsahale.” 3 Empa ho phaella moo Davida a hlapanya+ ’me a re: “E tlameha ebe ntat’ao oa tseba hore ke fumane kamohelo mahlong a hao,+ kahoo o ne a ka re, ‘Le se ke la lumella Jonathane hore a tsebe sena esere a utloa bohloko.’ Empa, ha e le hantle, ka Jehova ea phelang+ le ka moea oa hao o phelang,+ ho na le hoo e ka bang mohato feela pakeng tsa ka le lefu!”+
4 Jonathane a tsoela pele ho re ho Davida: “Ke tla u etsetsa eng kapa eng eo moea oa hao o ka e buang.” 5 Eaba Davida o re ho Jonathane: “Bona! Hosasane khoeli ea thoasa,+ ’me ruri ke tšoanela ho lula le morena lijong; e-re ke tsamaee, ’me ke tla ipata+ naheng ho fihlela ka shoalane letsatsing la boraro. 6 Haeba ntat’ao a ka mpatla, joale u tla re, ‘Davida o kōpile ho ’na ka tieo ho ba sieo hore a mathele Bethlehema+ motseng oa habo, hobane ho na le sehlabelo sa selemo le selemo moo bakeng sa lelapa lohle.’+ 7 Ha a ka bua tjena, ‘Ke hantle!’ hoo ho bolela khotso ho mohlanka oa hao. Empa haeba o tla halefa, u tsebe hore o rerile se sebe.+ 8 U etse ka mosa o lerato ho mohlanka oa hao,+ etsoe u kentse mohlanka oa hao selekaneng+ sa Jehova le uena. Empa haeba ho e-na le phoso ho ’na,+ u mpolaee, etsoe ke hobane’ng ha u ka ntlisa ho ntat’ao?”
9 Eaba Jonathane o re: “Hoo ke ho sa utloahaleng mabapi le uena! Empa haeba nka tseba hore Ntate o rerile hore bobe bo u oele holimo, na nke ke ka u bolella hoo?”+ 10 Joale Davida a re ho Jonathane: “Ke mang ea tla mpolella haeba ntat’ao a ka u araba ka thata?” 11 Eaba Jonathane o re ho Davida: “Tloo, ’me re ee naheng.” Kahoo ba ea naheng. 12 Jonathane a tsoela pele ho re ho Davida: “Jehova Molimo oa Iseraele+ [e be paki]+ hore ke tla botsa Ntate hoo e ka bang ka nako ena hosasane, kapa ka letsatsi la boraro, ’me haeba a e-na le boikutlo bo botle mabapi le Davida, na joale nke ke ka romeletsa ho uena ’me ka sebele ke senole hoo tsebeng ea hao? 13 E se eka Jehova a ka etsa joalo ho Jonathane ’me e se eka a ka ekelletsa ho seo,+ haeba, ha ho ka bonahala ho le molemo ho Ntate ho u etsa hampe, ke sa senole hoo tsebeng ea hao le ho etsa hore u tsamaee, ’me ka sebele u sa tsamaee ka khotso. E se eka Jehova a ka ba le uena,+ feela joalokaha a bile le Ntate.+ 14 Haeba ke tla be ke sa ntse ke phela,+ na u ke ke ua mpontša mosa o lerato oa Jehova, e, na u ke ke ua etsa joalo, e le hore ke se ke ka shoa?+ 15 U ke ke ua felisa mosa oa hao o lerato hore o be le ba ntlo ea ka ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ Leha e le hore, ha Jehova a felisa lira tsa Davida, e mong le e mong holim ’a lefatše, 16 lebitso la Jonathane le tla felisoa ntlong ea Davida.+ Jehova o tla le batla matsohong a lira tsa Davida.” 17 Kahoo Jonathane a boela a hlapanyetsa Davida ka lebaka la lerato la hae ho eena; etsoe o ne a mo rata joalokaha a ne a rata moea oa hae.+
18 Jonathane a tsoela pele ho re ho eena: “Hosasane khoeli ea thoasa,+ ’me ka sebele ho tla bonahala hore ha u eo, hobane setulo sa hao se tla be se se na motho. 19 Ka sebele ka letsatsi la boraro u tla batloa haholo; u tla tla sebakeng seo u ileng ua ipata+ ho sona ka letsatsi la ho sebetsa, ’me u tla lula haufi le lejoe lena mona. 20 Ha e le ’na, ke tla fula metsu e meraro ka lehlakoreng le leng la lona, ho e romela moo ke korotseng teng. 21 Bona! Ke tla romela mohlanka, ke re, ‘Tsamaea, u batle metsu eo.’ Haeba ka ho khethehileng ke re ho mohlanka, ‘Bona! Metsu ke ena ka lehlakoreng lena la hao, e nke,’ joale u tle, kaha ho bolela khotso bakeng sa hao ’me ha ho molato, ka Jehova ea phelang.+ 22 Empa haeba nka re ho mohlankana eo, ‘Bona! Metsu e hōjana le uena,’ tsamaea, kaha Jehova o entse hore u tsamaee. 23 Ha e le lentsoe leo re le buileng,+ ’na le uena, e se eka Jehova a ka ba pakeng tsa ka le uena ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”+
24 Davida a ipata naheng.+ Khoeli ea thoasa, eaba morena o lula lijong ho ja.+ 25 Morena o ne a lutse setulong sa hae joaloka linakong tse ling, setulong se leboteng; Jonathane o ne a shebane le eena, ’me Abnere+ o ne a lutse lehlakoreng la Saule, empa sebaka sa Davida se ne se se na motho. 26 Saule ha aa ka a bua letho letsatsing leo, kaha o ile a ipolella ho re: “Ho hong ho etsahetse ke kahoo a sa hloekang,+ kaha ha aa hloekisoa.” 27 Eitse letsatsi ka mor’a hore khoeli e thoase, letsatsing la bobeli, sebaka sa Davida sa tsoela pele se se na motho. Eaba Saule o re ho mora oa hae Jonathane: “Ke hobane’ng ha mora oa Jese+ a sa tla lijong maobane kapa kajeno?” 28 Kahoo Jonathane a araba Saule: “Davida o kōpile ho ’na ka tieo ho ba sieo hore a ee Bethlehema.+ 29 A tsoela pele ho re, ‘Ka kōpo, e-re ke tsamaee, hobane re na le sehlabelo sa lelapa motseng, ’me ke mor’eso ea ntaetseng. Kahoo joale, haeba ke fumane kamohelo mahlong a hao, ntumelle hore ke thobe, ka kōpo, e le hore nka bona barab’eso.’ Ke ka lebaka leo a sa tlang tafoleng ea morena.” 30 Joale bohale+ ba Saule ba tukela Jonathane ’me a re ho eena: “Uena mora oa lekhabunyane la lerabele,+ na ha ke tsebe hantle hore u khetha mora oa Jese bakeng sa ho itlotlolla le bakeng sa ho tlotlolla litho tse sephiring tsa ’m ’ao?+ 31 Ka matsatsi ’ohle ao ka ’ona mora oa Jese a phelang lefatšeng, uena le borena ba hao le ke ke la tiisoa ka thata.+ Kahoo joale romeletsa ’me u ntatele eena, kaha o reretsoe ho shoa.”+
32 Leha ho le joalo, Jonathane a araba ntat’ae Saule ’me a re ho eena: “Ke hobane’ng ha a lokela ho bolaoa?+ O entse’ng?”+ 33 Eaba Saule o qala ho mo betsa ka lerumo hore a mo hlabe;+ Jonathane a tseba hore ntat’ae o ne a rerile ho bolaea Davida.+ 34 Kapele-pele Jonathane a phahama tafoleng a tuka ke bohale,+ ’me ha aa ka a ja bohobe ka letsatsi la bobeli ka mor’a hore khoeli e thoase, kaha o ne a utloile bohloko ka lebaka la Davida,+ hobane ntat’ae o ne a mo tlotlolotse.+
35 Eitse hoseng Jonathane a leba naheng ea sebaka se behiloeng sa Davida,+ mohlanka e mocha lilemong a e-na le eena. 36 A re ho mohlanka oa hae: “Ka kōpo, matha u batle metsu eo ke e fulang.”+ Mohlanka a matha, eaba o fula motsu ho etsa hore o fetele ka nģ’ane ho eena. 37 Ha mohlanka a fihla sebakeng sa motsu oo Jonathane a neng a o futse, Jonathane a qala ho hooa a le ka mor’a mohlanka ’me a re: “Na motsu oo ha o hōjana le uena?”+ 38 Jonathane a tsoela pele ho hooa a le ka mor’a mohlanka: “Potlaka! Etsa kapele! U se ke ua ema!” Mohlanka oa Jonathane a qala ho nka metsu ’me joale a tla ho mong’a hae. 39 Ha e le mohlanka, o ne a sa tsebe letho; ke Jonathane le Davida feela ba neng ba tseba ka taba eo. 40 Ka mor’a moo Jonathane a fa mohlanka oa hae libetsa tsa hae ’me a re ho eena: “Tsamaea, u li ise motseng.”
41 Mohlanka a tsamaea. Ha e le Davida, a phahama haufi moo ka boroa. Joale a itihela fatše ka sefahleho+ ’me a inama ka makhetlo a mararo; ba qala ho akana+ le ho llelana, ho fihlela Davida a llile ka ho fetisisa.+ 42 Jonathane a tsoela pele ho re ho Davida: “E-ea ka khotso,+ kaha re hlapantse,+ ka bobeli ba rōna, ka lebitso la Jehova, ra re, ‘E se eka Jehova a ka ba pakeng tsa ka le uena le pakeng tsa bana ba ka le bana ba hao ho isa nakong e sa lekanyetsoang.’”+
Ka lebaka leo Davida a tloha ’me a tsamaea, ’me Jonathane a kena motseng.
21 Hamorao Davida a tla Nobe+ ho moprista Akimeleke; Akimeleke+ a qala ho thothomela ha a kopana le Davida ’me joale a re ho eena: “Ke hobane’ng ha u le mong, ’me ho se ea nang le uena?”+ 2 Eaba Davida o re ho moprista Akimeleke: “Morena o ntaetse mabapi le taba eo,+ ’me a tsoela pele ho re ho ’na, ‘Ho hang ho se ke ha e-ba le ea tsebang letho ka taba eo ke u romang malebana le eona le eo ke u laetseng malebana le eona.’ Ke entse taetsano le bahlankana sebakeng se itseng. 3 Joale, haeba ho na le mahobe a mahlano letsohong la hao, mphe ’ona letsohong la ka, kapa leha e le eng e ka fumanoang.”+ 4 Empa moprista a araba Davida ’me a re: “Ha ho na bohobe bo tloaelehileng letsohong la ka, empa ho na le bohobe bo halalelang;+ haeba bahlankana bao bonyane ba ipolokile hōle le basali.”+ 5 Kahoo Davida a araba moprista ’me a re ho eena: “Empa basali ba ’nile ba bolokoa hōle le rōna joaloka pele ha ke ne ke tloha,+ ’me ’mele ea bahlankana bao e ntse e halalela, le hoja thōmo e le e tloaelehileng. Ho joalo hakaakang kajeno, ha motho e e-ba ea halalelang ’meleng?” 6 Eaba moprista o mo fa se halalelang,+ hobane bohobe bo ne bo le sieo moo haese bohobe ba pontšo bo neng bo tlositsoe ka pel’a Jehova+ e le hore ho behoe bohobe bo bocha moo ka letsatsi la ho tlosoa ha bona.
7 Joale e mong oa bahlanka ba Saule o ne a le moo ka letsatsi leo, a thibeletsoe+ ka pel’a Jehova, ’me lebitso la hae e ne e le Doege+ Moedomo,+ ea ka sehloohong ho balisa bao e neng e le ba Saule.+
8 Davida a tsoela pele ho re ho Akimeleke: “Na u na le lerumo kapa sabole ho uena? Etsoe ha kea nka sabole ea ka kapa libetsa tsa ka, kahobane taba ea morena e ne e potlakile.” 9 Eaba moprista o re: “Sabole ea Goliathe+ Mofilista, eo u ileng ua mo bolaea khohlong ea Ela+—ke ena, e phuthetsoe ka seaparo sa ka holimo, ka mor’a efoda.+ Haeba u tla inkela eona, e nke, hobane ha ho na ntho e ’ngoe mona haese eona.” Davida a tsoela pele ho re: “Ha ho na e tšoanang le eona. Mphe eona.”
10 Joale Davida a ema ’me a tsoela pele ho baleha+ ka lebaka la Saule letsatsing leo, ’me qetellong a fihla ho Akishe morena oa Gathe.+ 11 Bahlanka ba Akishe ba qala ho re ho eena: “Na enoa hase Davida morena+ oa naha? Na hase eena eo ba ileng ba ’na ba mo arabela ka metjeko,+ ba re,
‘Saule o bolaile likete tsa hae,
Davida o bolaile likete tsa hae tse mashome’?”+
12 Davida a qala ho tebisetsa mantsoe ana pelong, ’me a tšoha+ haholo ka lebaka la Akishe morena oa Gathe. 13 Kahoo a ikhakanya+ hore eke ha aa hlaphoheloa kelellong mahlong+ a bona eaba o qala ho iketsa lehlanya matsohong a bona ’me a ’na a etsa matšoao a fapakaneng mamating a heke ’me a tlohela liqhenqhe hore li theohele litelung tsa hae. 14 Qetellong Akishe a re ho bahlanka ba hae: “Joale lea bona hore motho enoa oa hlanya. Le mo tliselitse’ng ho ’na? 15 Na ke hloka batho ba hlanyang, hoo le tlisitseng enoa ho tla hlanyetsa ho ’na? Na enoa o lokela ho kena ka lapeng la ka?”
22 Kahoo Davida a tloha moo+ ’me a balehela+ lehaheng+ la Adulame;+ barab’abo le bohle ba ntlo ea ntat’ae ba utloa ka hona ’me ba theohela moo ho eena. 2 Banna bohle ba mahlomoleng+ le banna bohle ba neng ba e-na le eo ba mo kolotang+ le banna bohle ba utloileng bohloko moeeng+ ba qala ho phuthehela ho eena,+ ’me ea e-ba mookameli oa bona;+ banna ba ka bang makholo a mane ba e-ba le eena.
3 Hamorao Davida a tloha moo a ea Mizpe e Moabe ’me a re ho morena oa Moabe:+ “Ka kōpo, e-reng Ntate le ’Mè+ ba lule le lōna ho fihlela ke tseba seo Molimo a tla nketsa sona.” 4 Ka lebaka leo a ba beha ka pel’a morena oa Moabe, ’me ba ’na ba lula le eena ka matsatsi ’ohle ao ka ’ona Davida a neng a le sebakeng seo ho leng thata ho fihla ho sona.+
5 Ka mor’a nako moprofeta Gade+ a re ho Davida: “U se ke ua ’na ua lula sebakeng seo ho leng thata ho fihla ho sona. Tsamaea, ’me u ee naheng ea Juda.”+ Kahoo Davida a tsamaea ’me a kena morung oa Herethe.
6 Saule a utloa hore Davida le banna ba neng ba e-na le eena ba fumanoe, ha Saule a ntse a lutse Gibea tlas’a sefate sa tamariske+ sebakeng se phahameng a tšoere lerumo+ letsohong ’me bahlanka bohle ba hae ba eme pel’a hae. 7 Joale Saule a re ho bahlanka ba hae ba emeng pel’a hae: “Ka kōpo, mamelang lōna Babenjamine. Na kaofela ha lōna mora oa Jese+ o tla le fa masimo le lirapa tsa morara?+ Na kaofela ha lōna o tla le beha hore le be balaoli ba ba likete+ le balaoli ba ba makholo? 8 Etsoe le ntheretse bolotsana, kaofela ha lōna; ha ho ea ho senolang tsebeng+ ea ka ha mora oa ka a hlaba selekane+ le mora oa Jese, ’me ha ho le ea mong oa lōna ea nkutloelang bohloko ’me a senole tsebeng ea ka hore mora oa ka o emisitse mohlanka oa ka khahlanong le ’na e le ea lallang ka tsela eo ho leng ka eona letsatsing lena.”
9 Eaba Doege+ Moedomo, joalokaha a ne a behiloe hore a okamele bahlanka ba Saule, oa araba o re: “Ke bone mora oa Jese a tla Nobe ho Akimeleke+ mora oa Akitube.+ 10 A mo botsetsa+ Jehova; a mo fa mefaho,+ ’me a mo fa sabole+ ea Goliathe Mofilista.” 11 Hang-hang morena a romela hore ho bitsoe Akimeleke mora oa moprista Akitube le bohle ba ntlo ea ntat’ae, baprista ba neng ba le Nobe.+ Kahoo kaofela ha bona ba tla ho morena.
12 Joale Saule a re: “Ka kōpo, mamela uena mora oa Akitube!” eaba o re: “Ke ’na enoa, moren ’a ka.” 13 Saule a tsoela pele ho re ho eena: “Ke hobane’ng ha le ntheretse bolotsana,+ uena le mora oa Jese, ka hore u mo fe bohobe le sabole, le hore ho botsoe Molimo bakeng sa hae, ho ntsohela matla e le ea lallang ka tsela eo ho leng ka eona letsatsing lee?”+ 14 Eaba Akimeleke o araba morena ’me o re: “Ke mang har’a bahlanka bohle ba hao ea joaloka Davida,+ ea tšepahalang,+ ’me e le mokhoenyana+ oa morena le mookameli oa balebeli ba hao le ea hlomphehang ka tlung ea hao?+ 15 Na ke kajeno ke qalileng ho mo botsetsa+ Molimo? Ke ho sa utloahaleng bakeng sa ka! Morena a se ke a jarisa mohlanka oa hae le bohle ba ntlo ea Ntate molato oa letho, etsoe ho sena sohle mohlanka oa hao o ne a sa tsebe ntho e nyenyane kapa e khōlō.”+
16 Empa morena a re: “Ka sebele u tla shoa,+ Akimeleke, uena le bohle ba ntlo ea ntat’ao.”+ 17 Eaba morena o re ho limathi+ tse emeng pel’a hae: “Retelehang ’me le bolaee baprista ba Jehova, hobane matsoho a bona le ’ona a na le Davida le hobane ba ne ba tseba hore ke ’malehi ’me ha baa ka ba ho senola tsebeng ea ka!”+ Bahlanka ba morena ba ne ba sa batle ho otlolla matsoho a bona ho hlasela baprista ba Jehova.+ 18 Qetellong morena a re ho Doege:+ “Reteleha ’me u hlasele baprista!” Kapele-pele Doege Moedomo+ a reteleha ’me a hlasela baprista ’me letsatsing leo a bolaea+ banna ba mashome a robeli a metso e mehlano ba jereng efoda+ ea line. 19 Esita le Nobe+ motse oa baprista a o hlasela ka bohale ba sabole, monna hammoho le mosali, ngoana hammoho le ea anyang le poho le esele le nku ka bohale ba sabole.
20 Leha ho le joalo, mora e mong oa Akimeleke mora oa Akitube, eo lebitso la hae e neng e le Abiathare,+ a phonyoha ’me a qala ho baleha a latela Davida. 21 Joale Abiathare a bolella Davida: “Saule o bolaile baprista ba Jehova.” 22 Eaba Davida o re ho Abiathare: “Ke ile ka tseba hantle letsatsing leo,+ hobane Doege Moedomo o ne a le teng, hore ruri o ne a tla bolella Saule.+ Ke foselitse moea o mong le o mong oa ntlo ea ntat’ao. 23 Itulele le ’na. U se ke ua tšoha, etsoe mang kapa mang ea batlang moea oa ka o batla moea oa hao, kaha u hloka tšireletso ea ka.”+
23 Ka mor’a nako ba tla ’me ba tlalehela Davida, ba re: “Bona! Bafilista ba loantša Keila,+ ’me ba inkela thepa ka mahahapa liotlong.”+ 2 Davida a botsa+ Jehova, a re: “Na ke ee, ’me na ke tla bolaea Bafilista baa?” Eaba Jehova o re ho Davida: “E-ea, u bolaee Bafilista ’me u pholose Keila.” 3 Eaba banna ba Davida ba re ho eena: “Bona! Re tšohile re sa le mona Juda,+ ’me ho tla ba joalo hakaakang haeba re ka ea Keila ho futuhela makhotla a Bafilista!”+ 4 Kahoo Davida a boela a botsa Jehova.+ Joale Jehova a mo araba ’me a re: “Ema, u theohele Keila, hobane ke nehelana ka Bafilista letsohong la hao.”+ 5 Ka lebaka leo Davida a tsamaea le banna ba hae ho ea Keila eaba o loantša Bafilista ’me o tsamaea ka liphoofolo tsa bona tse ruiloeng, empa a ba bolaea ka polao e khōlō; Davida ea e-ba mopholosi oa baahi ba Keila.+
6 Joale eare ha Abiathare+ mora oa Akimeleke a balehela ho Davida Keila, a theoha a nkile efoda+ letsohong la hae. 7 Ka mor’a nako ha tlaleheloa Saule: “Davida o tlile Keila.”+ Saule a qala ho re: “Molimo o nthekiselitse eena,+ etsoe o ikoaletse ka ho tla motseng o nang le mamati le mokoallo.” 8 Kahoo Saule a bitsetsa batho bohle ntoeng, ho theohela Keila, ho lika-liketsa Davida le banna ba hae. 9 Davida a tseba hore Saule o ntse a mo rerela bobe.+ Kahoo a re ho moprista Abiathare: “Atametsa efoda eo.”+ 10 Davida a tsoela pele ho re: “Jehova Molimo oa Iseraele,+ ruri mohlanka oa hao o utloile hore Saule o batla ho tla Keila ho tla felisa motse ka lebaka la ka.+ 11 Na beng ba naha ba Keila ba tla nehelana ka ’na letsohong la hae? Na Saule o tla theoha feela joalokaha mohlanka oa hao a utloile? Jehova Molimo oa Iseraele, ka kōpo bolella mohlanka oa hao.” Eaba Jehova o re: “O tla theoha.”+ 12 Davida a tsoela pele ho re: “Na beng ba naha ba Keila ba tla nehelana ka ’na le banna ba ka letsohong la Saule?” Eaba Jehova o re: “Ba tla nehelana ka lōna.”+
13 Hang-hang Davida a ema le banna ba hae, banna ba ka bang makholo a tšeletseng,+ eaba ba tsoa Keila ’me ba tsoela pele ba tsamaea kae kapa kae moo ba neng ba ka khona ho tsamaea teng. Ha tlaleheloa Saule hore Davida o balehile Keila, kahoo a tlohela ho tsoa. 14 Davida a lula lefeelleng libakeng tseo ho leng thata ho li atamela, ’me a ’na a lula sebakeng se lithaba lefeelleng la Zife.+ Saule a ’na a mo batla kamehla,+ ’me Molimo ha aa ka a nehelana ka eena letsohong la hae.+ 15 Davida a hlola ka tšabo hobane Saule o ne a tsoile ho batla moea oa hae ha Davida a ntse a le lefeelleng la Zife Horeshe.+
16 Joale Jonathane mora oa Saule a ema ’me a ea ho Davida Horeshe, e le hore a ka matlafatsa+ letsoho la hae mabapi le Molimo.+ 17 A tsoela pele ho re ho eena: “U se ke ua tšoha;+ etsoe letsoho la Ntate Saule le ke ke la u fumana, ’me u tla ba morena+ oa Iseraele, ’me ke tla ba oa bobeli ho uena; le Ntate Saule o tseba seo.”+ 18 Joale ka bobeli ba hlaba selekane+ ka pel’a Jehova; Davida a ’na a lula Horeshe, ’me Jonathane a ea lapeng la hae.
19 Hamorao banna ba Zife+ ba nyolohela ho Saule Gibea,+ ba re: “Na Davida ha aa ipata+ haufi le rōna libakeng tseo ho leng thata ho li atamela Horeshe,+ leralleng la Hakila,+ le ka lehlakoreng le letona la Jeshimone?+ 20 Joale morena, theoha, tumellanong le takatso eohle ea moea oa hao+ ea ho theoha, ’me karolo ea rōna e tla ba ho nehelana ka eena letsohong la morena.”+ 21 Eaba Saule o re: “Le hlohonolofalitsoe ke Jehova,+ kaha le nqenehetse. 22 Ka kōpo tsamaeang, phehellang ka ho eketsehileng ’me le fumane hantle ’me le bone sebaka sa hae moo leoto la hae le hatang teng—mang kapa mang ea mo boneng moo—etsoe ke boleletsoe hore ka sebele o mano.+ 23 Le bone ’me le fumane hantle libaka tsohle tsa ho ipata tseo a ipatang ho tsona; le khutlele ho ’na le e-na le bopaki, ’me ke tla ea le lōna; etlare ha a le ka har’a naha, ke tla boela ke mo batlisise har’a likete+ tsohle tsa Juda.”
24 Kahoo ba ema ’me ba etella Saule pele ho ea Zife,+ ha Davida le banna ba hae ba ntse ba le lefeelleng la Maone+ e Araba+ ka boroa ho Jeshimone. 25 Hamorao Saule a tla le banna ba hae ho tla mo batla.+ Ha ba bolella Davida, hang-hang a theohela lefikeng+ ’me a tsoela pele ho lula lefeelleng la Maone. Ha Saule a utloa seo, a qala ho lelekisa+ Davida lefeelleng la Maone. 26 Qetellong Saule a tla ka lehlakoreng lena la thaba, ’me Davida le banna ba hae ba ne ba le ka lehlakoreng lane la thaba. Kahoo Davida a potlakela ho baleha+ ka lebaka la Saule; ka nako eo eohle Saule le banna ba hae ba ne ba teela Davida le banna ba hae hare hore ba ba tšoare.+ 27 Empa ha tla lenģosa ho Saule, le re: “Potlaka ’me u tsamaee, etsoe Bafilista ba futuhetse naha!” 28 Eaba Saule oa khutla ho lelekiseng Davida+ ’me a ea ho ea kopana le Bafilista. Ke ka lebaka leo ba ileng ba reha sebaka seo Lefika la Likarohano.
29 Joale Davida a nyoloha moo ’me a lula libakeng tseo ho leng thata ho li atamela Ene-gedi.+
24 Eitse hang ha Saule a khutlile ho lateleng Bafilista,+ ba mo tlalehela, ba re: “Bona! Davida o lefeelleng la Ene-gedi.”+
2 Saule a nka banna ba likete tse tharo ba khethiloeng+ ho Baiseraele bohle le ho ea batla Davida+ le banna ba hae mafikeng a sa koaheloang ke letho a lipōli tsa thaba.+ 3 Qetellong a fihla masakeng a linku a majoe a pel’a tsela, moo ho neng ho e-na le lehaha. Kahoo Saule a kena ka hare ho ithusa,+ ha Davida le banna ba hae ba ntse ba le ka likarolong tsa lehaha+ tse ka hare-hare morao, ba lutse fatše. 4 Banna ba Davida ba qala ho re ho eena: “Lena ke letsatsi leo ka lona Jehova a reng ho uena, ‘Bona! ke tla nehelana ka sera sa hao letsohong la hao,+ ’me u se etse feela kamoo ho ka bonahalang ho le molemo kateng mahlong a hao.’”+ Kahoo Davida a ema ’me ka lenyele a seha moleka oa seaparo se se nang matsoho sa Saule. 5 Empa eare ka mor’a moo pelo ea Davida ea ’na ea mo tšetšetha+ ka lebaka la hore o ne a sehile moleka oa seaparo se se nang matsoho sa Saule. 6 Kahoo a re ho banna ba hae: “Ke ho sa utloahaleng, ponong ea Jehova, hore ke etse ntho ena ho moren ’a ka, motlotsuoa+ oa Jehova, ka ho otlolla letsoho la ka khahlanong le eena, kaha ke motlotsuoa oa Jehova.”+ 7 Ka lebaka leo Davida a qhalakanya banna ba hae ka mantsoe ana, ’me ha aa ka a ba lumella ho tsohela Saule matla.+ Ha e le Saule, a ema lehaheng ’me a tsamaea.
8 Kahoo Davida a ema ka mor’a moo ’me a tsoa ka lehaheng eaba o hoeletsa Saule, o re: “Khosi+ ea ka morena!” Eaba Saule oa hetla, ’me Davida a inamela fatše+ ka sefahleho ’me a khumama. 9 Davida a tsoela pele ho re ho Saule: “Ke hobane’ng ha u mamela mantsoe a motho,+ a reng, ‘Bona! Davida o batla ho u ntša kotsi’? 10 Bona! letsatsing lena mahlo a hao a bone kamoo Jehova a nehelaneng ka uena kateng kajeno letsohong la ka ka lehaheng; e mong o ne a re u bolaoe,+ empa ka u utloela bohloko ’me ka re, ‘Nke ke ka otlolla letsoho la ka khahlanong le moren ’a ka, etsoe ke motlotsuoa+ oa Jehova.’ 11 Ntate,+ bona, e, bona moleka oa seaparo sa hao se se nang matsoho letsohong la ka, kaha eitse ha ke seha moleka oa seaparo sa hao se se nang matsoho ha kea ka ka u bolaea. Tseba ’me u bone hore ha ho bobe+ kapa bofetoheli letsohong la ka, ’me ha kea u siteloa, ha u ntse u laletse ho nka moea oa ka.+ 12 E se eka Jehova a ka ahlola pakeng tsa ka le uena;+ Jehova o tla mpheteletsa+ ho uena, empa letsoho la ka le ke ke la e-ba holim ’a hao.+ 13 Feela joalokaha maele a baholo-holo a re, ‘Bokhopo bo tla tsoa ho ba khopo,’+ empa letsoho la ka le ke ke la e-ba holim ’a hao. 14 Morena oa Iseraele o setse mang morao? U lelekisa mang? Ntja e shoeleng?+ Letsetse le le leng?+ 15 Jehova e tla ba moahloli, ’me o tla ahlola pakeng tsa ka le uena, ’me o tla bona ’me o tla ntsamaisetsa nyeoe+ a nkahlole hore a ntokolle letsohong la hao.”
16 Eare ha Davida a qeta ho bolella Saule mantsoe ana, Saule a re: “Na lee ke lentsoe la hao, mora oa ka Davida?”+ Saule a qala ho phahamisa lentsoe ’me a lla.+ 17 A tsoela pele ho re ho Davida: “U lokile ho mpheta,+ etsoe ke uena ea nkentseng hantle,+ ’me ke ’na ea u entseng hampe. 18 Uena—kajeno u boletse botle boo u bo entseng mabapi le ’na ba hore ebe Jehova o ne a nehelane ka ’na letsohong+ la hao ’me ha ua ka ua mpolaea. 19 Joale tabeng ea ha motho a fumana sera sa hae, na o tla etsa hore se tsamaee ka tsela e ntle?+ Kahoo Jehova o tla u putsa ka botle,+ ka lebaka la hore letsatsing lena u bo entse ho ’na. 20 Joale, bona! ke tseba hantle hore, ruri, u tla busa u le morena,+ le hore ka sebele ’muso oa Iseraele o tla lula o le teng letsohong la hao. 21 Kahoo joale ntlhapanyetse ka Jehova+ hore u ke ke ua felisa peō ea ka ka mor’a ka le hore u ke ke ua felisa lebitso la ka ka tlung ea Ntate.”+ 22 Ka lebaka leo Davida a hlapanyetsa Saule, ka mor’a moo Saule a ea lapeng la hae.+ Ha e le Davida le banna ba hae, ba nyolohela sebakeng seo ho leng thata ho se atamela.+
25 Ka mor’a nako Samuele+ a shoa; Baiseraele bohle ba phutheha le ho mo llela+ ’me ba mo pata ntlong ea hae Rama.+ Joale Davida a tloha ’me a theohela lefeelleng la Parane.+
2 Joale ho ne ho e-na le monna e mong Maone,+ ’me mosebetsi oa hae o ne o le Karmele.+ Monna eo o ne a le moholo haholo, o ne a e-na le linku tse likete tse tharo le lipōli tse sekete; o ne a kuta+ linku tsa hae Karmele. 3 Lebitso la monna eo e ne e le Nabale,+ ’me lebitso la mosali oa hae e le Abigaile.+ Mosali eo o ne a le masene+ ’me a le sebōpeho se setle, empa monna o ne a le thata ebile a le liketso li mpe;+ ’me e ne e le Mokalebe.+ 4 Davida a utloa a le lefeelleng hore Nabale o kuta+ linku tsa hae. 5 Kahoo Davida a romela bahlankana ba leshome ’me Davida a re ho bahlankana bao: “Nyolohelang Karmele, le tle ho Nabale ’me le mpotsetse hore na o phela joang.+ 6 Sena ke seo le tla se bolella mor’eso, ‘E se eka lintho li ka u tsamaela hantle+ le ho tsamaela ba ntlo ea hao hantle le ho tsamaela sohle seo u nang le sona hantle. 7 Joale ke utloile hore u na le bakuti. Joale balisa ba hao ba ne ba e-na le rōna.+ Ha rea ka ra ba tšoenya,+ ’me ho hang ha ho letho la bona le neng le le sieo matsatsi ’ohle ao ka ’ona ba neng ba le Karmele. 8 Botsa bahlankana ba hao, ’me ba tla u bolella, e le hore bahlankana ba ka ba ka fumana kamohelo mahlong a hao, hobane re tlile ka letsatsi le letle. Ka kōpo, fana ka eng kapa eng feela eo letsoho la hao le ka e fumanang ho bahlanka ba hao le ho mora oa hao Davida.’”+
9 Ka lebaka leo bahlankana ba Davida ba tla eaba ba bua le Nabale tumellanong le mantsoe ana ’ohle lebitsong la Davida ba ntan’o leta. 10 Eaba Nabale o araba bahlanka ba Davida ’me o re: “Davida ke mang,+ ’me mora oa Jese ke mang? Matsatsing ana bahlanka ba balehang, e mong le e mong ho mong’a hae, ba bangata.+ 11 Na ke lokela ho nka bohobe+ ba ka le metsi a ka le nama ea ka e hlabiloeng eo ke e hlabetseng bakuti ba ka ’me ke e fe banna bao ke sa tsebeng le hore na ba tsoa hokae?”+
12 Ka mor’a moo bahlankana ba Davida ba reteleha tseleng ea bona ’me ba khutla eaba baa tla ba mo tlalehela tumellanong le mantsoe ana ’ohle. 13 Kapele-pele Davida a re ho banna ba hae: “E mong le e mong a hlomele ka sabole ea hae!”+ Kahoo e mong le e mong a hlomela ka sabole ea hae ’me Davida le eena a hlomela ka sabole ea hae; ba qala ho nyoloha ka mor’a Davida, e le banna ba ka bang makholo a mane, ha ba makholo a mabeli ba ntse ba lutse pel’a thōtō.+
14 Ho sa le joalo, e mong oa bahlankana a tlalehela Abigaile, mosali oa Nabale, a re: “Bona! Davida o rometse manģosa a tsoa lefeelleng ho tla lakaletsa mong’a rōna katleho, empa eena o ba omantse.+ 15 Banna bao ba ne ba le molemo haholo ho rōna, ’me ha baa ka ba re tšoenya, ebile ha rea ka ra hloka ntho leha e le ’ngoe ka matsatsi ’ohle ao re tsamaileng le bona ka ’ona ha re ntse re le naheng.+ 16 E bile lerako+ ho re potoloha bosiu le motšehare, ka matsatsi ’ohle ao ka ’ona re bileng ’moho le bona, re lisitse mohlape. 17 Joale tseba ’me u bone seo u tla se etsa, kaha ho reriloe+ tlokotsi khahlanong le mong’a rōna le khahlanong le bohle ba ntlo ea hae, kaha ke motho ea se nang molemo+ haholo ho bua le eena.”
18 Hang-hang Abigaile+ a potlaka ’me a nka mahobe a makholo a mabeli le linkho tse khōlō tse peli tsa veine+ le linku tse hlano tse lokisitsoeng+ le litekanyo tse hlano tsa seah tsa lijo-thollo tse halikiloeng+ le mahobe a lekholo a morara o omisitsoeng+ le mahobe a makholo a mabeli a lifeiga tse khotliloeng+ eaba o a belesa liesele. 19 Joale a re ho bahlankana ba hae: “Fetelang ka pele ho ’na.+ Bonang! Ke le sala morao.” Empa ha aa ka a re letho ho monna oa hae Nabale.
20 Eare ha a ntse a palame esele+ ’me a theohela thabeng ka lenyele, bonang! Davida le banna ba hae ba ne ba theoha ho ea kopana le eena. Kahoo a teana le bona. 21 Ha e le Davida, o ne a itse: “E bile ho soetseha ka ho feletseng hore ebe ke ile ka lebela ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea motho enoa lefeelleng ’me ha ho ntho leha e le ’ngoe ea tsohle tsa hae e neng e le sieo,+ ’me leha ho le joalo o mpuseletsa bobe bakeng sa botle.+ 22 Kahoo e se eka Molimo a ka etsa ho lira tsa Davida ’me e se eka a ka ekelletsa ho seo+ haeba ke tla siea mang kapa mang oa bohle ba hae ea ntšetsang metsi lerakong+ ho fihlela hoseng.”+
23 Ha Abigaile a re heli! ’me a bona Davida, hang-hang a potlaka eaba o theoha esele ’me o itihela fatše ka sefahleho ka pel’a Davida le ho inamela+ fatše. 24 Joale a itihela maotong a hae+ ’me a re: “Phoso e be holim ’a ka, moren ’a ka;+ ka kōpo, e-re lekhabunyane la hao le bue moo u ntseng u utloa,+ ’me u mamele mantsoe a lekhabunyane la hao. 25 Ka kōpo, moren ’a ka a se ke a beha pelo ea hae ho monna enoa ea se nang molemo+ Nabale, etsoe, bitso-lebe ke seromo. Lebitso la hae ke Nabale, ’me ha a na kelello.+ Ha e le ’na lekhabunyane la hao, ha kea ka ka bona bahlankana ba moren ’a ka bao u neng u ba romile. 26 Joale, moren ’a ka, ka Jehova ea phelang+ le ka moea oa hao o phelang,+ Jehova o u thibetse+ ho kena molatong oa mali+ le hore letsoho la hao le u boloke.+ Joale lira tsa hao le ba batlang ho ntša moren ’a ka kotsi ba be joaloka Nabale.+ 27 Joale ha e le mpho ena ea tlhohonolofatso+ eo lekhabunyane la hao le e tlisitseng ho moren ’a ka, e tla fuoa bahlankana ba tsamaeang mehatong+ ea moren ’a ka. 28 Ka kōpo, tšoarela tlōlo ea lekhabunyane la hao,+ hobane ruri Jehova o tla etsetsa moren ’a ka ntlo e tšoarellang,+ hobane moren ’a ka o loana lintoa tsa Jehova;+ ha e le bobe, bo ke ke ba fumanoa ho uena ka matsatsi ’ohle a hao.+ 29 Ha motho a ema ho u lelekisa ’me a batla moea oa hao, ka sebele moea oa moren ’a ka o tla phutheloa ka mokotleng oa bophelo+ o ho Jehova Molimo oa hao;+ empa, ha e le moea oa lira tsa hao, o tla o tjeketjela joalokaha eka o tsoa letjeketjaneng.+ 30 Kahobane Jehova o tla etsetsa moren ’a ka molemo ho latela sohle seo a se buileng, ka sebele o tla u beha hore u be moeta-pele oa Iseraele.+ 31 Sena e se ke ea e-ba sesosa sa ho thekesela ho uena kapa khopiso pelong ea moren ’a ka, ka ho tšolla mali ntle ho lebaka+ le ka ho etsa hore letsoho la moren ’a ka le mo boloke.+ Ka sebele Jehova o tla etsetsa moren ’a ka molemo, ’me u hopole+ lekhabunyane la hao.”
32 Eaba Davida o re ho Abigaile: “Ho bokoe Jehova Molimo oa Iseraele,+ ea u rometseng letsatsing lena ho tla kopana le ’na! 33 Ho hlohonolofatsoe ho ba le kelello ha hao,+ ’me ho hlohonolofatsoe uena ea nthibetseng letsatsing lena ho kena molatong oa mali+ le ho etsa hore letsoho la ka le mpoloke.+ 34 Ka lehlakoreng le leng, ka Jehova Molimo oa Iseraele ea phelang, ea nthibetseng ho u ntša kotsi,+ haeba u ne u sa potlaka e le hore u ka tla nkhahlanyetsa,+ ka sebele ho ka be ho sa sala ho Nabale ho fihlela ka meso mang kapa mang ea ntšetsang metsi lerakong.”+ 35 Eaba Davida o amohela letsohong la hae seo a neng a mo tliselitse sona, ’me a re ho eena: “Nyolohela ntlong ea hao ka khotso.+ Bona, ke mametse lentsoe la hao e le hore nka u nahanela.”+
36 Hamorao Abigaile a kena ho Nabale, ’me bonang! o ne a entse mokete ka tlung ea hae o kang mokete oa morena;+ pelo ea Nabale e ne e ikutloa e thabile ka ho eena, ’me o ne a tahiloe+ a re fu! ’me ha aa ka a mo bolella letho, le lenyenyane kapa le leholo, ho fihlela ka meso. 37 Eitse hoseng, ha Nabale a hlaphohetsoe ke veine, mosali oa hae a qala ho mo bolella lintho tsena. Pelo+ ea hae ea shoa ka hare ho eena, ’me a ba joaloka lejoe. 38 Ka mor’a moo ha feta matsatsi a ka bang leshome ’me joale Jehova a otla+ Nabale, hoo a ileng a shoa.
39 Davida a utloa hore Nabale o shoele, kahoo a re: “Ho bokoe Jehova, ea tsamaisitseng nyeoe+ ea ho nyelisoa+ ha ka ho ntokolla letsohong la Nabale ’me o thibile mohlanka oa hae bobeng,+ ’me bobe ba Nabale Jehova o bo khutliselitse hloohong ea hae!”+ Davida a romeletsa ’me a etsa kōpo ea ho nka Abigaile hore e be mosali oa hae.+ 40 Kahoo bahlanka ba Davida ba tla ho Abigaile Karmele ’me ba bua le eena, ba re: “Davida o re rometse ho uena ho tla u nka hore u be mosali oa hae.” 41 Kapele-pele a ema eaba o inamela fatše ka sefahleho+ ’me o re: “Lekhabunyane la hao ke lena hore e be lekhabunyane le hlatsoang maoto+ a bahlanka ba moren ’a ka.”+ 42 Joale Abigaile+ a potlaka eaba oa ema ’me o qala ho palama+ esele a setsoe morao ke makhabunyane a hae a mahlano; a tsamaea le manģosa a Davida ’me joale ea e-ba mosali oa hae.
43 Davida o ne a boetse a nkile Akinoame+ ea tsoang Jezriele;+ basali bao, ka bobeli, ea e-ba basali ba hae.+
44 Ha e le Saule, o ne a fane ka morali oa hae Mikale,+ mosali oa Davida, ho Palti+ mora oa Laishe, ea neng a tsoa Galime.+
26 Ka mor’a nako banna ba Zife+ ba tla ho Saule Gibea,+ ba re: “Na Davida ha aa ipata leralleng la Hakila,+ le shebaneng le Jeshimone?”+ 2 Saule a tloha+ ’me a theohela lefeelleng la Zife, hammoho le banna ba likete tse tharo,+ bakhethoa ba Iseraele, ho ea batla Davida lefeelleng la Zife. 3 Saule a hloma liahelo leralleng la Hakila, le shebaneng le Jeshimone, haufi le tsela, ha Davida a ntse a lula lefeelleng. A bona hore Saule o ne a mo setse morao lefeelleng. 4 Kahoo Davida a romela lihloela+ e le hore a ka tseba hore kannete Saule o ne a tlile. 5 Hamorao Davida a tloha ’me a ea sebakeng seo Saule a neng a hlomme liahelo ho sona, eaba Davida o bona sebaka seo Saule a neng a robetse ho sona, le Abnere+ mora oa Nere molaoli oa lebotho la hae; Saule o ne a robetse ka har’a liahelo+ ’me batho ba hlomme liahelo ho mo pota-pota ka hohle. 6 Joale Davida a araba ’me a re ho Akimeleke Mohethe+ le Abishai+ mora oa Tseruja,+ mor’abo Joabe: “Ke mang ea tla theohela le ’na ho Saule liahelong?” Eaba Abishai o re: “Ke tla theohela le uena.”+ 7 Davida a tsamaea le Abishai ho ea ho batho bao bosiu; bonang! Saule o ne a robetse ka har’a liahelo ’me lerumo la hae le hlonngoe fatše hloohong ea hae, ’me Abnere le batho kaofela ba ne ba robetse ba mo pota-potile ka hohle.
8 Joale Abishai a re ho Davida: “Kajeno Molimo o nehelane ka sera sa hao letsohong la hao.+ Joale, ka kōpo, e-re ke mo hlabelle fatše ka lerumo hanngoe feela, ’me nke ke ka mo etsa joalo habeli.” 9 Leha ho le joalo, Davida a re ho Abishai: “U se ke ua mo felisa, etsoe ke mang ea otlolotseng letsoho la hae khahlanong le motlotsuoa oa Jehova+ ’me a lula a hloka molato?”+ 10 Davida a tsoela pele ho re: “Ka Jehova ea phelang,+ Jehova o tla mo otla;+ kapa letsatsi la hae le tla tla+ ’me o tla lokela ho shoa, kapa o tla theohela ntoeng,+ ’me ka sebele o tla felisoa.+ 11 Ke ho sa utloahaleng,+ ponong ea Jehova,+ hore ke otlolle letsoho+ khahlanong le motlotsuoa oa Jehova!+ Kahoo joale, ka kōpo, nka lerumo le hloohong ea hae le jeke ea metsi, ’me re tsamaee.” 12 Ka lebaka leo Davida a nka lerumo le jeke ea metsi sebakeng se hloohong ea Saule, ba ntan’o tsamaea; ho ne ho se ea bonang+ leha e le mang kapa mang ea elang hloko leha e le mang kapa mang ea tsohang, etsoe kaofela ha bona ba ne ba robetse, hobane e ne e le boroko bo tebileng+ bo tsoang ho Jehova bo neng bo ba oetse holimo. 13 Joale Davida a fetela pele ka lehlakoreng le leng ’me a ema holim ’a tlhōrō ea thaba hōjana, sebaka se pakeng tsa bona se le seholo.
14 Davida a qala ho hoeletsa batho le Abnere mora oa Nere, a re: “Ha u arabe ke’ng, Abnere?” Abnere+ a qala ho araba a re: “U mang uena ea hoelelitseng morena?” 15 Davida a tsoela pele ho re ho Abnere: “Na ha u monna? Ke mang ea tšoanang le uena Iseraeleng? Joale, ke hobane’ng ha u sa ka ua lebela khosi ea hao morena? Etsoe e mong oa batho o ne a tlile ho tla felisa morena khosi ea hao.+ 16 Ntho ena eo u e entseng ha e ntle. Ka Jehova ea phelang,+ le tšoaneloa ke ho shoa,+ hobane ha lea lebela+ morena oa lōna, motlotsuoa oa Jehova.+ Joale bonang moo lerumo la morena le jeke ea metsi+ li leng teng tse neng li le hloohong ea hae.”
17 Saule a qala ho tseba lentsoe la Davida ’me a re: “Na lee ke lentsoe la hao, mora oa ka Davida?”+ Eaba Davida o re: “Ke lentsoe la ka, khosi ea ka morena.” 18 A eketsa: “Ke hobane’ng ha moren ’a ka a lelekisa mohlanka oa hae,+ etsoe ke entse’ng, ’me ho na le bobe bofe letsohong la ka?+ 19 Joale ka kōpo, khosi ea ka morena, a ke a mamele mantsoe a mohlanka oa hae: Haeba ke Jehova ea u susumelelitseng khahlanong le ’na, a ke a fofonele nyehelo ea lijo-thollo.+ Empa haeba ke bara ba motho,+ ba rohakiloe ka pel’a Jehova,+ hobane kajeno ba ntelekile ho ikamahanyeng le lefa la Jehova,+ ba re, ‘Tsamaea, u sebeletse melimo e meng!’+ 20 Joale u se ke ua tlohela mali a ka hore a tšolohele fatše ka pel’a sefahleho sa Jehova;+ etsoe morena oa Iseraele o tsoile ho ea batla letsetse le le leng,+ feela joalokaha motho a lelekisa khoale holim ’a lithaba.”+
21 Eaba Saule o re: “Ke entse sebe.+ Khutla, mora oa ka Davida, etsoe ha ke sa tla hlola ke u ntša kotsi, ka lebaka la hore moea oa ka e bile oa bohlokoa+ mahlong a hao letsatsing lena. Bona! Ke entse ka booatla ’me ke fositse haholo.” 22 Joale Davida a araba ’me a re: “Lerumo la morena ke lena, ’me e mong oa bahlankana a ke a tle ’me a le late. 23 Jehova ke eena ea tla buseletsa e mong le e mong ho loka+ ha hae le botšepehi ba hae, ka hore ebe kajeno Jehova o nehelane ka uena letsohong la ka, ’me ke ne ke sa rate ho otlolla letsoho la ka khahlanong le motlotsuoa oa Jehova.+ 24 Bona! Feela joalokaha moea oa hao o ne o le moholo letsatsing lena mahlong a ka, ka ho tšoanang e se eka moea oa ka o ka ba moholo mahlong a Jehova,+ e le hore a ka ntopolla mahlomoleng ’ohle.”+ 25 Eaba Saule o re ho Davida: “E se eka u ka hlohonolofatsoa, mora oa ka Davida. Hase feela hore ruri u tla sebetsa empa hape ruri u tla hlōla.”+ Davida a tsamaea; ha e le Saule, a khutlela sebakeng sa hae.+
27 Leha ho le joalo, Davida a re ka pelong: “Joale ka letsatsi le leng ke tla felisoa ke letsoho la Saule. Ha ho letho le molemo ho ’na ho feta hore ruri ke balehele+ naheng ea Bafilista;+ Saule o tla felloa ke tšepo ka ’na hore a se ke a hlola a mpatla naheng eohle ea Iseraele,+ ’me ka sebele ke tla phonyoha letsohong la hae.” 2 Kahoo Davida a tloha ’me eena le banna ba makholo a tšeletseng+ ba neng ba e-na le eena ba fetela ho Akishe+ mora oa Maoke, morena oa Gathe. 3 Davida a tsoela pele ho lula le Akishe Gathe, eena le banna ba hae, e mong le e mong le ba ntlo ea hae,+ Davida le basali ba hae ba babeli, Akinoame+ mosali oa Mojezriele le Abigaile,+ mosali oa Nabale, mosali oa Mokarmele. 4 Ka mor’a nako ha tlaleheloa Saule hore Davida o balehetse Gathe, kahoo ha aa ka a qala ho ea mo batla ka lekhetlo le leng hape.+
5 Joale Davida a re ho Akishe: “Joale, haeba ke fumane kamohelo mahlong a hao, e-re ba mphe sebaka ho o mong oa metse e libakeng tse ka thōko, e le hore nka lula moo; etsoe ke hobane’ng ha mohlanka oa hao a ka lula motseng oa borena le uena?” 6 Ka lebaka leo Akishe a mo fa Ziklage+ letsatsing leo. Ke ka lebaka leo Ziklage e leng ea marena a Juda ho fihlela letsatsing lena.
7 Palo ea matsatsi ao Davida a a lutseng libakeng tse ka thōko tsa Bafilista ea e-ba selemo le likhoeli tse ’nè.+ 8 Davida a nyoloha le banna ba hae e le hore ba ka futuhela Bageshure+ le Bagireze le Baamaleke;+ etsoe ba ne ba ahile naheng e neng e namme ho tloha Telame+ ho ea fihla Shure+ le ho fihlela naheng ea Egepeta. 9 Davida a hlasela naha, empa ha aa ka a boloka monna kapa mosali a phela;+ a hapa mehlape ea likhutšoane le mehlape ea liphoofolo tse khōlō le liesele le likamele le liaparo, ka mor’a moo a khutla ’me a tla ho Akishe. 10 Joale Akishe a re: “Le ne le futuhetse hokae kajeno?” Eaba Davida o re:+ “Ka boroa ho Juda+ le ka boroa ho Bajeramiele+ le ka boroa ho Bakene.”+ 11 Ha e le banna le basali, Davida o ne a sa boloke leha e le bafe ba phela ho ba tlisa Gathe, a re: “E le hore ba se ke ba re bolela, ba re, ‘Ena ke tsela eo Davida a entseng ka eona.’”+ (Tsela ena e ’nile ea e-ba mokhoa oa hae ka matsatsi ’ohle ao a a lutseng libakeng tse ka thōko tsa Bafilista.) 12 Ka lebaka leo Akishe a lumela+ Davida, a ipolella ho re: “Ntle ho pelaelo o fetohile seputa har’a batho ba habo ba Iseraele;+ o tla lokela ho ba mohlanka oa ka ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”
28 Eitse matsatsing ao Bafilista ba qala ho bokella batho ba lulang liahelong tsa bona bakeng sa lebotho ho loantša Baiseraele.+ Kahoo Akishe a re ho Davida: “Ntle ho pelaelo ua tseba hore u lokela ho tsoela liahelong le ’na, uena le banna ba hao.”+ 2 Eaba Davida o re ho Akishe: “Ke ka lebaka leo u tsebang seo mohlanka oa hao a lokelang ho se etsa.” Ka lebaka leo Akishe a re ho Davida: “Ke ka lebaka leo ke tla u beha mohlokomeli oa hlooho ea ka kamehla.”+
3 Joale Samuele o ne a shoele, ’me Baiseraele bohle ba ne ba ile ba mo llela ’me ba mo pata Rama motseng oa habo.+ Ha e le Saule, o ne a tlositse naheng ba buisanang le meea le litsebi tse bolelang liketsahalo esale pele.+
4 Ka mor’a moo Bafilista ba phutheha ’me ba tla eaba ba hloma liahelo Shuneme.+ Kahoo Saule a phutha Baiseraele bohle ’me ba hloma liahelo Gilboa.+ 5 Ha Saule a bona liahelo tsa Bafilista a tšoha, ’me pelo ea hae ea qala ho thothomela haholo.+ 6 Le hoja Saule a ne a botsa Jehova,+ le ka mohla Jehova o ne a sa mo arabe,+ ebang ke ka litoro+ kapa ka Urime+ kapa ka baprofeta.+ 7 Qetellong Saule a re ho bahlanka ba hae: “Mpatleleng mosali eo e leng nkhekhe ea ho buisana le meea,+ ’me ke tla ea ho eena ke batle keletso ho eena.” Joale bahlanka ba hae ba re ho eena: “Bona! Ho na le mosali eo e leng nkhekhe ea ho buisana le meea Ene-dore.”+
8 Kahoo Saule a ikhakanya+ ’me a apara liaparo tse ling eaba oa ea, eena hammoho le banna ba babeli; ba fihla ho mosali eo bosiu.+ Joale a re: “Ka kōpo, ’nohele+ ka ho buisana le meea ’me u ’nyollele eo ke tla u bontša eena.” 9 Leha ho le joalo, mosali eo a re ho eena: “Bona! u tseba hantle seo Saule a se entseng, kamoo a felisitseng naheng ba buisanang le meea le litsebi tse bolelang liketsahalo esale pele.+ Joale, ke hobane’ng ha u etsa lintho joaloka ea chehelang moea oa ka sefi ho etsa hore ke bolaoe?”+ 10 Kapele-pele Saule a mo hlapanyetsa ka Jehova, a re: “Ka Jehova ea phelang,+ u ke ke ua hlaheloa ke molato bakeng sa phoso tabeng ena!” 11 Eaba mosali eo o re: “Ke u nyollele mang?” Eaba o re: “’Nyollele Samuele.”+ 12 Ha mosali a bona “Samuele”+ a qala ho hoeletsa ka lentsoe le phahameng; mosali eo a tsoela pele ho re ho Saule: “Ke hobane’ng ha u nqhekeletse, athe u Saule?” 13 Empa morena a re ho eena: “U se ke ua tšoha, empa u bone’ng?” Mosali eo a tsoela pele ho re ho Saule: “Ke bone molimo+ a nyoloha fatše.” 14 Hang-hang a re ho eena: “Sebōpeho sa hae se joang?” eaba o re: “Ke monna-moholo ea nyolohang, ’me o ikoahetse ka seaparo se se nang matsoho.”+ Eaba Saule oa hlokomela hore ke “Samuele,”+ ’me a inamela fatše ka sefahleho a khumama.
15 “Samuele” a qala ho re ho Saule: “Ke hobane’ng ha u nkhathalitse ka hore ke nyolloe?”+ Eaba Saule o re: “Ke mahlomoleng a maholo,+ kaha Bafilista baa ntoantša, ’me Molimo o mphuraletse+ ebile ha a sa nkaraba, ebang ke ka baprofeta kapa ka litoro;+ hoo ke bitsang uena hore u ntsebise seo ke tla se etsa.”+
16 “Samuele” a tsoela pele ho re: “Joale, u mpotsetsa’ng, athe Jehova o u furaletse+ ’me ke mohanyetsi oa hao?+ 17 Jehova o tla iketsetsa feela joalokaha a buile ka ’na, ’me Jehova o tla hahola ’muso letsohong+ la hao a o fe oa heno Davida.+ 18 Kaha ha ua ka ua mamela lentsoe la Jehova,+ ’me ha ua ka ua phethisa bohale ba hae bo tukang khahlanong le Baamaleke,+ ke ka lebaka leo ka sebele Jehova a tla etsa ntho ena ho uena letsatsing lena. 19 Jehova o tla nehelana ka Baiseraele hammoho le uena matsohong a Bafilista,+ ’me hosasane uena+ le bara+ ba hao le tla ba le ’na. Esita le liahelo tsa Baiseraele Jehova o tla nehelana ka tsona ho Bafilista.”+
20 Eaba kapele Saule o oela fatše a namaletse ’me a tšoha haholo ka lebaka la mantsoe a “Samuele.” Hape, o ne a se na matla, hobane o ne a sa ja lijo motšehare oohle le bosiu bohle. 21 Joale mosali eo a tla ho Saule ’me a bona hore o ne a ferekane haholo. Kahoo a re ho eena: “Bona! lekhabunyane la hao le mametse lentsoe la hao, ’me ke behile moea oa ka seatleng+ sa ka le ho mamela mantsoe ao u mpoleletseng ’ona. 22 Joale, ka kōpo, le uena mamela lentsoe la lekhabunyane la hao; e-re ke behe ka pel’a hao sengoathoana sa bohobe, ’me u je, e le hore u ka ba le matla, hobane u tla tsamaea.” 23 Empa a hana ’me a re: “Nke ke ka ja.” Leha ho le joalo, bahlanka ba hae le mosali eo ba ’na ba mo phehella. Qetellong a mamela lentsoe la bona eaba o phahama fatše ’me o lula setulong se kang bethe. 24 Joale mosali eo o ne a e-na le namane e nontšitsoeng+ ka tlung. Kahoo kapele a e etsa sehlabelo+ ’me a nka phofo a luba hlama ’me a apeha mahobe a sa lomosoang. 25 Joale a li ngoathela Saule le bahlanka ba hae, ’me ba ja. Ka mor’a moo ba phahama ’me ba tsamaea bosiung boo.+
29 Bafilista+ ba bokella mabotho ’ohle a bona Afeke, ha Baiseraele ba ntse ba hlomme liahelo haufi le seliba se neng se le Jezriele.+ 2 Marena a selekane+ a Bafilista a ne a fetela pele ka makholo le ka likete, ’me Davida le banna ba hae ba ne ba fetela pele ka mor’a moo le Akishe.+ 3 Likhosana tsa Bafilista tsa qala ho re: “Taba ea Baheberu+ baa ke efe?” Eaba Akishe o re ho likhosana tsa Bafilista: “Na enoa hase Davida mohlanka oa Saule morena oa Iseraele, ea neng a e-na le ’na moo ka selemo kapa tse peli,+ ’me ke sa ka ka fumana+ letho ho eena ho tloha letsatsing la ha a koenehela ho ’na ho fihlela letsatsing lee?” 4 Likhosana tsa Bafilista tsa mo halefela; likhosana tsa Bafilista tsa tsoela pele ho re ho eena: “Khutlisa monna enoa,+ ’me u re a khutlele sebakeng sa hae moo u mo abetseng teng; u se ke ua mo lumella hore a theohele le rōna ntoeng, e le hore a se ke a fetoha mohanyetsi+ oa rōna ntoeng. Motho eo o tla iketsa ea amohelehang joang ho morena oa hae? Na hase ka lihlooho tsa banna bao ba rōna? 5 Na eo hase Davida eo ba ’nileng ba mo arabela ka metjeko, ba re, ‘Saule o bolaile likete tsa hae, ’me Davida o bolaile likete tsa hae tse mashome’?”+
6 Ka lebaka leo Akishe+ a bitsa Davida ’me a re ho eena: “Ka Jehova ea phelang,+ u lokile, ’me ho tsoa ha hao le ho kena+ ha hao le ’na liahelong ho ’nile ha e-ba hotle mahlong a ka;+ etsoe ha kea fumana bobe ho uena ho tloha letsatsing la ho tla ha hao ho ’na ho fihlela letsatsing lena.+ Empa mahlong a marena a selekane+ ha u molemo. 7 Joale khutla ’me u ee ka khotso, e le hore u se ke ua etsa letho le lebe mahlong a marena a selekane a Bafilista.” 8 Leha ho le joalo, Davida a re ho Akishe: “Ke hobane’ng, ke entse’ng,+ ’me u fumane’ng ho mohlanka oa hao ho tloha letsatsing leo ka lona ke bileng ka pel’a hao ho fihlela letsatsing lee,+ hore ebe ha kea lokela ho tla ’me ke loantše lira tsa khosi ea ka morena?” 9 Eaba Akishe oa araba ’me o re ho Davida: “Ke tseba hantle hore u ’nile ua ba molemo mahlong a ka, joaloka lengeloi la Molimo.+ Ke likhosana tsa Bafilista feela tse itseng, ‘U se ke ua mo lumella ho nyolohela le rōna ntoeng.’ 10 Joale u tsohe hoseng haholo le bahlanka ba morena oa hao ba tlileng le uena; le tsohe hoseng haholo ha ho se ho khanya bakeng sa lōna. Joale le tsamaee.”+
11 Tumellanong le hoo Davida a tsoha hoseng, eena le banna ba hae, hore ba tsamaee hoseng+ ’me ba khutlele naheng ea Bafilista; Bafilista ba nyolohela Jezriele.+
30 Eitse ha Davida le banna ba hae ba tla Ziklage+ ka letsatsi la boraro, Baamaleke+ ba futuhela ka boroa le Ziklage; ba hlasela Ziklage ’me ba e chesa ka mollo, 2 ba isa basali+ kholehong le bohle ba neng ba le ho eona, ho tloha ho ba banyenyane ho isa ho ba baholo. Ha baa ka ba bolaea leha e le mang, empa ba ba khanna ’me ba tsamaea. 3 Ha Davida le banna ba hae ba fihla motseng, o ne o chesitsoe ka mollo, ’me, ha e le basali ba bona le bara ba bona le barali ba bona, ba ne ba isitsoe kholehong. 4 Davida le batho ba neng ba e-na le eena ba qala ho phahamisa mantsoe le ho lla,+ ho fihlela ho se ho se na matla ka ho bona a ho hlola ba lla. 5 Basali ba babeli ba Davida ba ne ba isitsoe kholehong, Akinoame+ mosali oa Mojezriele le Abigaile+ mosali oa Nabale Mokarmele. 6 Ho ile ha bakela Davida mahlomola a maholo,+ hobane batho ba ne ba re ba mo tlepetsa ka majoe;+ etsoe moea oa batho bohle o ne o le bohloko,+ e mong le e mong ka lebaka la bara ba hae le barali ba hae. Kahoo Davida a imatlafatsa ka Jehova Molimo oa hae.+
7 Kahoo Davida a re ho moprista Abiathare,+ mora oa Akimeleke: “Ka kōpo, atametsa efoda+ ho ’na.” Eaba Abiathare o atametsa efoda ho Davida. 8 Davida a qala ho botsa Jehova,+ a re: “Na ke lelekise sehlopha see sa bafutuhi? Na ke tla se fihlela?” Eaba o re+ ho eena: “E-ea u se lelekise, etsoe ruri u tla se fihlela, ’me ruri u tla fana ka topollo.”+
9 Davida a tsamaea ka potlako, eena hammoho le banna ba makholo a tšeletseng,+ eaba ba tsamaea ho ea fihla phuleng ea molapo o phoroselang ea Besore, ’me banna ba neng ba lokela ho siuoa ba ema moo. 10 Davida a tsoela pele ho ba lelekisa,+ eena le banna ba makholo a mane, empa banna ba makholo a mabeli ba neng ba khathetse haholo hore ba tšele phula ea molapo o phoroselang ea Besore+ ba ema moo.
11 Ba fumana monna e mong, oa Moegepeta,+ naheng. Kahoo ba mo tlisa ho Davida eaba ba mo fa bohobe e le hore a ka ja ’me ba mo fa metsi hore a noe. 12 Ho ekelletsa moo, ba mo fa sengoathoana sa bohobe ba lifeiga tse khotliloeng le mahobe a mabeli a morara o omisitsoeng.+ Joale a ja ’me moea+ oa hae oa khutlela ho eena; etsoe o ne a sa ja bohobe kapa ho noa metsi ka matsatsi a mararo le masiu a mararo. 13 Joale Davida a re ho eena: “U oa mang, ’me u tsoa hokae?” eaba o re: “Ke mohlanka oa Moegepeta, lekhoba la monna oa Moamaleke, empa mong’a ka o ntšiile hobane ke ile ka kula matsatsing a mararo a fetileng.+ 14 Ke rōna ba futuhetseng ka boroa ho Bakerethe+ le ho seo e leng sa Juda le ka boroa ho Kalebe;+ re chesitse Ziklage ka mollo.” 15 Eaba Davida o re ho eena: “Na u tla nkisa ho sehlopha see sa bafutuhi?” Eaba o re: “Ntlhapanyetse+ ka Molimo hore u ke ke ua mpolaea, le hore u ke ke ua nehelana ka ’na letsohong la mong’a ka,+ ’me ke tla u isa ho sehlopha sena sa bafutuhi.”
16 Ka lebaka leo a mo isa,+ ’me bonang! ba ne ba hasane ka mokhoa o sa laoleheng holim ’a naha eohle ba ja le ho noa ’me ba keteka+ ka lebaka la thepa eohle e ngata e hapuoeng eo ba neng ba e nkile naheng ea Bafilista le naheng ea Juda.+ 17 Davida a qala ho ba bolaea ho tloha ka meso ho fihlela ka shoalane, e le hore a ka ba nehela timetso; ha ho le ea mong oa bona ea ileng a phonyoha+ haese bahlankana ba makholo a mane ba ileng ba palama likamele ’me ba baleha. 18 Davida a lopolla tsohle tseo Baamaleke ba neng ba li nkile,+ le basali ba hae ba babeli Davida a ba lopolla. 19 Ho ne ho se letho la bona le haellang, ho tloha ho se senyenyane ho isa ho se seholo le ho isa ho bara le barali le ho tloha thepeng e hapuoeng, esita le ho isa nthong leha e le efe eo ba neng ba inketse eona.+ Davida a lopolla ntho e ’ngoe le e ’ngoe. 20 Kahoo Davida a nka mehlape eohle ea likhutšoane le mehlape ea liphoofolo tse khōlō, eo ba ileng ba e khanna ka pel’a liphoofolo tse ling tse ruiloeng. Joale ba re: “Ena ke thepa e hapuoeng ea Davida.”+
21 Qetellong Davida a fihla ho banna ba makholo a mabeli+ ba neng ba khathetse haholo hore ba tsamaee le Davida, le bao ba neng ba ba bolokile ba lutse haufi le phula ea molapo o phoroselang ea Besore; ba tsoa ho khahlanyetsa Davida le ho khahlanyetsa batho ba neng ba e-na le eena. Ha Davida a atamela batho bao a qala ho ba botsa bophelo. 22 Leha ho le joalo, monna e mong le e mong e mobe le ea se nang molemo+ har’a banna ba neng ba tsamaile le Davida a araba ’me a ’na a re: “Ka lebaka la hore ha baa ka ba tsamaea le rōna, re ke ke ra ba fa letho la thepa e hapuoeng eo re e lopolotseng, haese ho fa e mong le e mong mosali oa hae le bara ba hae, ’me re ba tlohele hore ba ba etelle pele ’me ba tsamaee.” 23 Empa Davida a re: “Le se ke la etsa ka tsela eo, barab’eso, ka seo Jehova a re fileng sona,+ ka hore ebe o re sirelelitse+ ’me o nehelane ka sehlopha sa bafutuhi matsohong a rōna se neng se re futuhetse.+ 24 Ke mang ea tla le mamela mabapi le polelo ee? Etsoe kamoo karolo ea ea neng a ile ntoeng e leng kateng ka ho tšoanang karolo ea ea neng a lutse pel’a thōtō+ e tla ba joalo. Bohle ba tla ba le karolo hammoho.”+ 25 Eitse ho tloha letsatsing leo ho ea pele a beha seo e le molao le qeto ea boahloli+ bakeng sa Iseraele ho fihlela letsatsing lena.
26 Ha Davida a fihla Ziklage a romela thepa e ’ngoe e hapuoeng ho banna ba baholo ba Juda, metsoalle ea hae,+ a re: “Ena ke mpho+ ea tlhohonolofatso bakeng sa lōna e tsoang thepeng e hapuoeng ea lira tsa Jehova.” 27 Ho ba neng ba le Bethele,+ le ho ba leng Ramothe+ ka boroa, le ho ba leng Jatire,+ 28 le ho ba leng Aroere, le ho ba leng Sifmothe, le ho ba leng Eshtemooa,+ 29 le ho ba leng Rakale, le ho ba leng metseng ea Bajeramiele,+ le ho ba leng metseng ea Bakene,+ 30 le ho ba leng Horma,+ le ho ba leng Borashane,+ le ho ba leng Athake, 31 le ho ba leng Hebrone,+ le libakeng tsohle tseo Davida a neng a tsamaile ho tsona, eena le banna ba hae.
31 Joale Bafilista ba ne ba loantša Baiseraele,+ eaba banna ba Iseraele ba baleha ka pel’a Bafilista, ’me ba ’na ba oela fatše ba bolailoe+ Thabeng ea Gilboa.+ 2 Bafilista ba ’na ba beha Saule le bara ba hae merebele; qetellong Bafilista ba bolaea Jonathane+ le Abinadabe+ le Malki-shua,+ bara ba Saule. 3 Ntoa ea imela Saule, eaba ba fulang, banna ba fulang ka seqha, qetellong baa mo fumana, eaba ba fulang ba mo ntša maqeba a mabe.+ 4 Joale Saule a re ho mojari oa lihlomo tsa hae: “Tsomula sabole+ ea hao ’me u ntlhabe ka eona, esere banna bana ba sa bollang+ ba tla ’me ka sebele ba ntlhaba ’me ba nketsa hampe.” Mojari oa lihlomo tsa hae o ne a sa rate,+ hobane o ne a tšohile haholo. Kahoo Saule a nka sabole eaba o itihela holim ’a eona.+ 5 Ha mojari oa lihlomo tsa hae a bona hore Saule o shoele,+ joale le eena a itihela holim ’a sabole ea hae ’me a shoa hammoho le eena.+ 6 Kahoo Saule le bara ba hae ba bararo le mojari oa lihlomo tsa hae, esita le banna ba hae bohle, ba shoa hammoho ka letsatsi leo.+ 7 Ha banna ba Iseraele ba neng ba le sebakeng se khohlong le ba neng ba le sebakeng sa Jordane ba bona hore banna ba Iseraele ba ne ba balehile, le hore Saule le bara ba hae ba ne ba shoele, joale ba qala ho tloha metseng ’me ba baleha,+ ka mor’a moo Bafilista ba kena ’me ba lula ho eona.+
8 Eitse letsatsing le hlahlamang, ha Bafilista ba tlil’o hlobolisa ba bolailoeng,+ ba fumana Saule le bara ba hae ba bararo ba oele Thabeng ea Gilboa.+ 9 Ba mo khaola hlooho+ ’me ba mo hlobolisa seaparo sa hae sa tšireletso eaba ba romeletsa naheng ea Bafilista ka hohle ho tsebisa+ matlo a litšoantšo tsa bona tse rapeloang+ le batho. 10 Qetellong ba beha seaparo sa hae sa tšireletso+ ka tlung ea litšoantšo tsa Ashtorethe,+ ’me setopo sa hae ba se tlamella lerakong la Bethe-shane.+ 11 Mabapi le eena, baahi ba Jabeshe-gileade+ ba utloa seo Bafilista ba neng ba se entse ho Saule. 12 Kapele-pele banna bohle ba sebete ba ema ’me ba tsamaea bosiu bohle eaba ba nka setopo sa Saule le litopo tsa bara ba hae lerakong la Bethe-shane ’me ba tla Jabeshe eaba ba li chesetsa moo.+ 13 Joale ba nka masapo+ a tsona eaba ba a pata+ tlas’a sefate sa tamariske+ Jabeshe, ’me ba itima lijo ka matsatsi a supileng.+