Baahloli
1 Eitse ka mor’a lefu+ la Joshua bara ba Iseraele ba botsa+ Jehova, ba re: “Ke mang ho rōna ea tla nyoloha pele ho ea loantša Bakanana?” 2 Eaba Jehova o re: “Juda o tla nyoloha.+ Bonang! Ka sebele ke tla fana ka naha eo letsohong la hae.” 3 Joale Juda a re ho Simeone mor’abo: “Nyolohela le ’na karolong eo ke e abetsoeng ka lotho+ ’me re loantše Bakanana, le ’na ke tla ea le uena karolong eo u e abetsoeng ka lotho.”+ Ka lebaka leo Simeone a ea le eena.+
4 Eaba Juda oa nyoloha ’me Jehova a nehelana ka Bakanana le Bapereze matsohong a bona,+ hoo ba ileng ba ba hlōla Bezeke, banna ba likete tse leshome. 5 Ha ba fumana Adoni-bezeke a le Bezeke, joale ba mo loantša ’me ba hlōla Bakanana+ le Bapereze.+ 6 Ha Adoni-bezeke a baleha, joale ba mo lelekisa ’me ba mo tšoara eaba ba mo khaola menoana e metona ea matsoho le menoana e metona ea maoto. 7 Eaba Adoni-bezeke o re: “Ho ne ho e-na le marena a mashome a supileng a khaotsoeng menoana e metona ea matsoho le menoana e metona ea maoto a neng a thonaka lijo tlas’a tafole ea ka. Molimo o mpuselelitse hantle feela ka tsela eo ke entseng ka eona.”+ Ka mor’a moo ba mo tlisa Jerusalema+ ’me a shoela teng.
8 Ho feta moo, bara ba Juda ba tsoela pele ho loantša Jerusalema+ ’me ba e hapa, eaba ba e loantša ka bohale ba sabole, ’me motse ba o chesa ka mollo. 9 Ka mor’a moo bara ba Juda ba theohela ho ea loantša Bakanana ba ahileng sebakeng se lithaba le Negebe+ le Shefela.+ 10 Kahoo Juda a futuhela Bakanana ba neng ba lula Hebrone+ (joale lebitso la Hebrone pele ho moo e ne e le Kiriathe-arba),+ ’me ba bolaea Sheshai le Akimane le Talmai.+
11 Ho tloha moo ba futuhela baahi ba Debire.+ (Joale lebitso la Debire pele ho moo e ne e le Kiriathe-sefere.)+ 12 Joale Kalebe+ a re: “Mang kapa mang ea hlaselang Kiriathe-sefere ’me a e hapa, ke tla mo fa morali oa ka Aksa+ hore e be mosali oa hae.”+ 13 Othniele+ mora oa Kenaze,+ moena oa Kalebe,+ a e hapa. Ka lebaka leo a mo fa morali oa hae Aksa hore e be mosali oa hae.+ 14 Eitse ha a e-ea hae, mosali eo a ’na a mo susumelletsa hore a kōpe tšimo ho ntat’ae. Joale a opa liatla ha a ntse a le holim ’a esele.+ Eaba Kalebe o re ho eena: “U batla’ng?” 15 Kahoo Aksa a re ho eena: “Ntlhohonolofatse,+ etsoe u mphile karolo ea naha e ka boroa, ’me u tla mpha Gulothe-maime.” Ka lebaka leo Kalebe a mo fa Gulothe e ka Holimo+ le Gulothe e ka Tlaase.
16 Bara ba Mokene,+ eo mokhoenyana oa hae e neng e le Moshe,+ ba nyoloha ba tsoa motseng oa lifate tsa palema+ le bara ba Juda ho ea lefeelleng la Juda, le leng ka boroa ho Arade.+ Joale ba ea ’me ba lula le batho bao.+ 17 Empa Juda a tsamaea le Simeone mor’abo, ’me ba bolaea Bakanana ba ahileng Zefathe le ho e nehela timetso.+ Kahoo motse oo oa rehoa lebitso la Horma.+ 18 Ka mor’a moo Juda a hapa Gaza+ le sebaka sa eona le Ashkelone+ le sebaka sa eona le Ekrone+ le sebaka sa eona. 19 Jehova a tsoela pele a e-na le Juda, hoo a ileng a rua sebaka se lithaba, empa o ne a sitoa ho leleka baahi ba khohlong, hobane ba ne ba e-na le likoloi tsa ntoa+ tse nang le mahare a tšepe.+ 20 Ha ba fa Kalebe Hebrone, feela joalokaha Moshe a ne a tšepisitse,+ joale a leleka bara ba bararo ba Anake+ moo.
21 Bara ba Benjamine ha baa ka ba leleka Bajebuse ba ahileng Jerusalema;+ empa Bajebuse ba ntse ba lula le bara ba Benjamine Jerusalema ho fihlela letsatsing lena.+
22 Khabareng ba ntlo ea Josefa+ le bona ba futuhela Bethele,+ ’me Jehova o ne a e-na le bona.+ 23 Ba ntlo ea Josefa ba qala ho hloela+ Bethele (pele ho moo lebitso la motse oo e ne e le Luze),+ 24 ’me balebeli ba bona monna e mong a tsoa motseng. Kahoo ba re ho eena: “Ka kōpo, re bontše tsela ea ho kena motseng, ’me ka sebele re tla u bontša mosa.”+ 25 Ka lebaka leo monna eo a ba bontša tsela ea ho kena motseng; eaba ba qala ho hlasela motse oo ka bohale ba sabole,+ empa ba tlohela monna eo le lelapa lohle la hae hore ba tsamaee.+ 26 Ka mor’a moo monna eo a ea naheng ea Bahethe+ eaba o haha motse ’me o o reha lebitso la Luze. Ke lebitso la oona ho fihlela letsatsing lena.
27 Manase+ ha aa ka a hapa Bethe-sheane+ le metse e itšetlehileng ka eona le Tanake+ le metse e itšetlehileng ka eona le baahi ba Dore+ le metse e itšetlehileng ka eona le baahi ba Ibleame+ le metse e itšetlehileng ka eona le baahi ba Megido+ le metse e itšetlehileng ka eona, empa Bakanana ba phehella ho lula naheng ena.+ 28 Iseraele ea e-ba matla+ ’me ea qala ho kenya Bakanana mosebetsing o qobelloang,+ ’me ha ea ka ea ba leleka ka ho feletseng.+
29 Efraime ha aa ka a leleka Bakanana ba neng ba lula Gezere, empa Bakanana ba ile ba tsoela pele ho lula har’a bona Gezere.+
30 Zabulone+ ha aa ka a leleka baahi ba Kiterone le baahi ba Nahalole,+ empa Bakanana ba ile ba tsoela pele ho lula har’a bona+ ’me ba etsa mosebetsi o qobelloang.+
31 Ashere+ ha aa ka a leleka baahi ba Ako le baahi ba Sidone+ le Alabe le Akzibe+ le Helba le Afike+ le Rehobe.+ 32 Baashere ba ile ba tsoela pele ho lula har’a Bakanana ba lulang naheng eo, hobane ha baa ka ba ba leleka.+
33 Nefthali+ ha aa ka a leleka baahi ba Bethe-shemeshe le baahi ba Bethe-anathe,+ empa ba ile ba tsoela pele ho aha har’a Bakanana ba lulang naheng eo;+ ’me baahi ba Bethe-shemeshe le ba Bethe-anathe ea e-ba basebetsi ba bona ba etsang mosebetsi o qobelloang.+
34 Baamore ba ’na ba petelletsa bara ba Dane+ sebakeng se lithaba, etsoe ha baa ka ba ba lumella ho theohela khohlong.+ 35 Kahoo Baamore ba phehella ho lula Thabeng ea Herese le Ajalone+ le Shalbime.+ Empa letsoho la ntlo ea Josefa la e-ba boima haholo hoo ba ileng ba qobelloa ho etsa mosebetsi o boima.+ 36 Naha ea Baamore e ne e tloha moepeng oa Akrabime,+ ho tloha Sela ho ea holimo.
2 Joale lengeloi la Jehova+ la nyoloha Gilgale+ ho ea Bokime+ ’me la re: “Ke le ntšitse Egepeta ’me ka le tlisa naheng eo ke hlapanyelitseng baholo-holo ba lōna ka eona.+ Ho feta moo, ke ile ka re, ‘Le ka mohla nke ke ka tlōla selekane sa ka le lōna.+ 2 Le se ke la hlaba selekane le baahi ba naha ena.+ Le lokela ho heletsa lialetare tsa bona.’+ Empa ha lea mamela lentsoe la ka.+ Ke hobane’ng ha le entse see?+ 3 Kahoo, le ’na, ke itse, ‘Nke ke ka ba leleka ka pel’a lōna, ’me e tla ba maraba ho lōna,+ melimo ea bona e tla ba sefi ho lōna.’”+
4 Eitse hang ha lengeloi la Jehova le boleletse bara bohle ba Iseraele mantsoe ana, sechaba sa qala ho phahamisa mantsoe ’me sa lla.+ 5 Kahoo sa reha sebaka seo lebitso la Bokime. ’Me sa etsetsa Jehova sehlabelo moo.
6 Ha Joshua a re batho ba tsamaee, joale bara ba Iseraele ba ea, e mong le e mong lefeng la hae, ho ea hapa naha.+ 7 Sechaba sa tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka matsatsi ’ohle a Joshua le ka matsatsi ’ohle a banna ba baholo ba ileng ba atisa matsatsi a bona ka mor’a Joshua le ba neng ba bone mosebetsi oohle o moholo oa Jehova oo a neng a o etselitse Baiseraele.+ 8 Joale Joshua mora oa Nune, mohlanka oa Jehova, a shoa a le lilemo li lekholo le leshome.+ 9 Kahoo ba mo pata naheng ea lefa la hae Timnathe-herese+ sebakeng se lithaba sa Efraime, ka leboea ho Thaba ea Gashe.+ 10 Moloko oo kaofela le oona oa nkeloa ho bo-ntat’a oona,+ eaba moloko o mong o qala ho hlaha ka mor’a oona o neng o sa tsebe Jehova kapa mosebetsi oo a neng a o etselitse Baiseraele.+
11 Bara ba Iseraele ba etsa se sebe mahlong a Jehova+ ’me ba sebeletsa bo-Baale.+ 12 Kahoo ba tlohela Jehova Molimo oa bo-ntat’a bona ea neng a ba ntšitse naheng ea Egepeta+ eaba ba latela melimo e meng har’a melimo ea lichaba tse neng li ba pota-potile ka hohle+ ’me ba qala ho e inamela, hoo ba ileng ba siteloa Jehova.+ 13 Kahoo ba tlohela Jehova ’me ba qala ho sebeletsa Baale le litšoantšo tsa Ashtorethe.+ 14 Eaba bohale ba Jehova bo tukela Baiseraele,+ hoo a ileng a nehelana ka bona matsohong a ba nkang thepa ka mahahapa, ’me ba qala ho e nkela thepa ka mahahapa;+ a ba rekisetsa lira tsa bona tse neng li ba pota-potile,+ ’me ba ne ba se ba sa khone ho ema ka pel’a lira tsa bona.+ 15 Hohle moo ba neng ba tsoela teng, letsoho la Jehova le ne le le khahlanong le bona ka tlokotsi,+ feela joalokaha Jehova a ne a buile le feela joalokaha Jehova a ne a ba hlapanyelitse;+ ’me ba e-ba mahlomoleng a maholo.+ 16 Kahoo Jehova o ne a hlahisa baahloli,+ ’me ba ne ba ba pholosa matsohong a ba ba nkelang thepa ka mahahapa.+
17 Esita le baahloli ba bona ha baa ka ba ba mamela, empa ba ba le likamano tse litšila+ le melimo e meng+ ’me ba e inamela. Kapele ba kheloha tsela eo baholo-holo ba bona ba neng ba tsamaile ho eona ka ho mamela litaelo tsa Jehova.+ Ha baa ka ba etsa joalo. 18 Ha Jehova a ne a ba hlahisetsa baahloli,+ Jehova o ne a e-ba le moahloli eo, ’me o ne a ba pholosa matsohong a lira tsa bona ka matsatsi ’ohle a moahloli eo; kaha Jehova o ne a ikutloa a soabisitsoe+ ke ho bobola ha bona ka lebaka la bahatelli ba bona+ le ba neng ba ba tšoenya.
19 E ne e re ha moahloli a shoa ba retelehe ’me ba etse ka mokhoa o senyang ho feta bo-ntat’a bona ka ho latela melimo e meng ho e sebeletsa le ho e inamela.+ Ha baa ka ba ithiba liketsong tsa bona le boitšoarong ba bona bo manganga.+ 20 Qetellong bohale ba Jehova ba tukela+ Iseraele ’me a re: “Ka lebaka la hore sechaba sena se tlōtse selekane sa ka+ seo ke se laetseng baholo-holo ba sona ’me ha sea mamela lentsoe la ka,+ 21 le ’na nke ke ka boela ke leleka ka pel’a sona sechaba leha se le seng sa tseo Joshua a li siileng ha a shoa,+ 22 e le ho leka+ Baiseraele ka tsona, hore na ba tla boloka tsela ea Jehova ka ho tsamaea ho eona feela joalokaha bo-ntat’a bona ba ile ba e boloka, kapa che.” 23 Ka lebaka leo Jehova a tlohela lichaba tsena hore li lule ka hore a se ke a li leleka kapele,+ ’me ha aa ka a nehelana ka tsona letsohong la Joshua.
3 Joale tsena ke lichaba+ tseo Jehova a ileng a li tlohela hore li lule e le hore a leke+ Baiseraele ka tsona, ke hore, bohle ba neng ba sa ba le phihlelo ka lintoa leha e le life tsa Kanana;+ 2 e ne e le feela hore meloko ea bara ba Iseraele e be le phihlelo, e le hore a e rute ntoa, ke hore, feela bao pele ho moo ba neng ba sa ba le phihlelo ea lintho tse joalo: 3 Marena a mahlano a selekane+ a Bafilista,+ le Bakanana+ bohle, esita le Basidone+ le Baheve+ ba ahileng Thabeng ea Lebanone+ ho tloha Thabeng ea Baale-hermone+ ho ea fihla moo ho kenoang teng Hamathe.+ 4 Ba ’na ba sebeletsa e le baemeli ba ho leka+ Baiseraele e le hore ba tsebe hore na ba ne ba tla mamela litaelo tseo Jehova a neng a li laetse bo-ntat’a bona ka Moshe.+ 5 Eaba bara ba Iseraele ba lula har’a Bakanana,+ Bahethe le Baamore le Bapereze le Baheve le Bajebuse.+ 6 Eaba ba inkela barali ba bona hore e be basali ba bona,+ ’me ba fana ka barali ba bona ho bara ba bona,+ ’me ba sebeletsa melimo ea bona.+
7 Kahoo bara ba Iseraele ba etsa se sebe mahlong a Jehova, ’me ba lebala Jehova Molimo oa bona+ eaba ba sebeletsa bo-Baale+ le lipalo tse halalelang.+ 8 Eaba bohale ba Jehova bo tukela Baiseraele,+ hoo a ileng a ba rekisetsa+ Kushane-rishathaime morena oa Mesopotamia;+ bara ba Iseraele ba tsoela pele ho sebeletsa Kushane-rishathaime ka lilemo tse robeli. 9 Bara ba Iseraele ba qala ho hoeletsa ho Jehova ho kōpa thuso.+ Joale Jehova a hlahisetsa bara ba Iseraele mopholosi+ e le hore a ka ba pholosa, Othniele+ mora oa Kenaze,+ moena oa Kalebe.+ 10 Joale moea+ oa Jehova oa tla holim ’a hae, ’me ea e-ba moahloli oa Iseraele. Ha a tsoa ho ea ntoeng, joale Jehova a nehelana ka Kushane-rishathaime morena oa Syria letsohong la hae hoo letsoho la hae le ileng la hlōla+ Kushane-rishathaime ka matla. 11 Ka mor’a moo naha ha ea ka ea khathatsoa ka lilemo tse mashome a mane. Qetellong Othniele mora oa Kenaze a shoa.
12 Bara ba Iseraele ba qala ho etsa se sebe hape mahlong a Jehova.+ Eaba Jehova o tlohela Eglone morena oa Moabe+ hore a be matla khahlanong le Baiseraele,+ hobane ba ne ba entse se sebe mahlong a Jehova.+ 13 Ho feta moo, a bokella bara ba Ammone+ le Amaleke+ khahlanong le bona. Joale ba ea ’me ba hlasela Baiseraele eaba ba hapa motse oa lifate tsa palema.+ 14 Bara ba Iseraele ba tsoela pele ho sebeletsa Eglone morena oa Moabe ka lilemo tse leshome le metso e robeli.+ 15 Bara ba Iseraele ba qala ho hoeletsa ho Jehova ho kōpa thuso.+ Kahoo Jehova a ba hlahisetsa mopholosi, Ehude+ mora oa Gera, Mobenjamine,+ monna ea leqele.+ Ka mor’a nako bara ba Iseraele ba romela sethabathaba ka letsoho la hae ho Eglone morena oa Moabe. 16 Ho sa le joalo Ehude a iketsetsa sabole, ’me e ne e seha ka nģa tse peli,+ bolelele ba eona e le setsoe. Joale a e tlamella ka tlas’a seaparo sa hae holim ’a serope se setona.+ 17 A hlahisa sethabathaba ho Eglone morena oa Moabe.+ Joale Eglone e ne e le motho e motenya haholo.
18 Eitse ha a qetile ho hlahisa sethabathaba,+ hang-hang a re batho ba tsamaee, bajari ba sethabathaba. 19 A khutla likoaring tsa Gilgale,+ eaba o re: “Ke na le lekunutu bakeng sa hao, morena.” Kahoo a re: “Khutsa!” Eaba bohle ba neng ba eme pel’a hae ba tloha ho eena.+ 20 Ehude a tla ho eena ha a ntse a lutse ka kamoreng ea hae e marulelong e pholileng eo a neng a e-na le eona. Ehude a tsoela pele ho re: “Ke na le lentsoe la Molimo bakeng sa hao.” Eaba o phahama teroneng ea hae. 21 Joale Ehude a kenya letsoho la hae le letšehali ’me a ntša sabole seropeng se setona eaba o mo hlaba ka eona mpeng. 22 Mofeng le oona oa ’na oa kenella hare ka mor’a lehare hoo mafura a ileng a koahela lehare, etsoe ha aa ka a tsomula sabole mpeng ea hae, ’me mantle a qala ho tsoa. 23 Ehude a tsoa ka lesoba le kenyang moea, empa a koala mamati a kamore e marulelong ’me a a notlela. 24 A tsoa.+
Bahlanka ba hae ba tla ’me ba qala ho talima, mamati a kamore e marulelong a ne a notletsoe. Kahoo ba re: “O ntse a ithusa+ ka kamoreng e ka hare e pholileng.” 25 Ba ’na ba leta ho fihlela ba hlajoa ke lihlong, ’me, bonang! ho ne ho se ea bulang mamati a kamore e marulelong. Eaba ba nka senotlolo ’me baa a bula, ’me, bonang! morena oa bona o ne a oetse fatše a shoele!
26 Ha e le Ehude, a baleha ha ba ntse ba lieha, ’me a feta likoaring+ eaba o balehela Seira. 27 Eitse ha a fihla moo a qala ho letsa lenaka+ sebakeng se lithaba sa Efraime;+ bara ba Iseraele ba qala ho theoha le eena ho tloha sebakeng se lithaba, eena a ba eteletse pele. 28 Joale a re ho bona: “Ntateleng,+ hobane Jehova o nehelane ka lira tsa lōna, Bamoabe, matsohong a lōna.”+ Eaba ba qala ho mo latela ’me ba hapa maliboho+ a Jordane khahlanong le Bamoabe, ’me ha baa ka ba lumella leha e le mang ho feta. 29 Nakong eo ba qala ho bolaea Bamoabe, banna ba ka bang likete tse leshome,+ e mong le e mong ea matla+ le e mong le e mong ea sebete; ha ho le ea mong ea ileng a phonyoha.+ 30 Bamoabe ba hlōloa letsatsing leo tlas’a matsoho a Baiseraele; ’me naha ha ea ka ea boela ea khathatsoa ka lilemo tse mashome a robeli.+
31 Ka mor’a hae ha hlaha Shamgare+ mora oa Anathe, ’me a qala ho bolaea Bafilista,+ banna ba makholo a tšeletseng, ka tsenene ea likhomo; le eena a pholosa Baiseraele.+
4 Joale bara ba Iseraele ba boela ba qala ho etsa se sebe mahlong a Jehova kaha joale Ehude o ne a shoele.+ 2 Kahoo Jehova a ba rekisetsa+ Jabine morena oa Kanana, ea neng a busa Hazore;+ molaoli oa lebotho la hae e ne e le Sisera,+ ’me o ne a lula Haroshethe+ ea lichaba. 3 Bara ba Iseraele ba qala ho hoeletsa ho Jehova,+ hobane o ne a e-na le likoloi tsa ntoa tse nang le mahare a tšepe+ tse makholo a robong, ’me o ne a hateletse bara ba Iseraele+ ka thata ka lilemo tse mashome a mabeli.
4 Joale Debora, moprofeta oa mosali,+ mosali oa Lapidothe, o ne a ahlola Iseraele ka nako eo. 5 O ne a lula tlas’a sefate sa palema sa Debora pakeng tsa Rama+ le Bethele+ sebakeng se lithaba sa Efraime; bara ba Iseraele ba ne ba nyolohela ho eena bakeng sa kahlolo. 6 A romeletsa ’me a bitsa Barake+ mora oa Abinoame ho tsoa Kedeshe-nefthali+ ’me a re ho eena: “Na Jehova Molimo oa Iseraele ha aa fana ka taelo? ‘E-ea ’me u ikabe Thabeng ea Tabore,+ u nke banna ba likete tse leshome ho bara ba Nefthali+ le ho bara ba Zabulone.+ 7 Ka sebele ke tla hulela ho uena+ phuleng ea molapo o phoroselang ea Kishone,+ Sisera+ molaoli oa lebotho la Jabine+ le likoloi tsa hae tsa ntoa le bongata ba hae ’me ke tla nehelana ka eena letsohong la hao.’”+
8 Eaba Barake o re ho eena: “Haeba u tla ea le ’na, ka sebele le ’na ke tla ea; empa haeba u sa ee le ’na, nke ke ka ea.” 9 Eaba o re: “Ruri ke tla ea le uena. Leha ho le joalo, mokhabiso e ke ke ea e-ba oa hao tseleng eo u e tsamaeang, kaha Jehova o tla rekisa Sisera letsohong la mosali.”+ Eaba Debora oa ema ’me o tsamaea le Barake ho ea Kedeshe.+ 10 Barake a qala ho bokella Zabulone+ le Nefthali Kedeshe, ’me banna ba likete tse leshome ba nyoloha ba latela mehato ea hae;+ ’me Debora a nyoloha hammoho le eena.
11 Hebere+ Mokene o ne a arohane le Bakene,+ bara ba Hobabe, eo mokhoenyana oa hae e neng e le Moshe,+ ’me o ne a hlomile tente ea hae haufi le sefate se seholo Zananime, e Kedeshe.
12 Joale ba tlalehela Sisera hore Barake mora oa Abinoame+ o nyolohetse Thabeng ea Tabore.+ 13 Hang-hang Sisera a bokella likoloi tsohle tsa hae tsa ntoa, likoloi tsa ntoa tse makholo a robong tse nang le mahare a tšepe,+ le batho bohle ba neng ba e-na le eena, ho tsoa Haroshethe ea lichaba ho ea phuleng ea molapo o phoroselang ea Kishone.+ 14 Joale Debora a re ho Barake: “Ema, etsoe lena ke letsatsi leo ka sebele Jehova a tla nehelana ka Sisera letsohong la hao. Na hase Jehova ea tsoileng ka pel’a hao?”+ Barake a theoha Thabeng ea Tabore le banna ba likete tse leshome ka mor’a hae. 15 Jehova a qala ho ferekanya+ Sisera le likoloi tsohle tsa hae tsa ntoa le liahelo tsohle ka bohale ba sabole ka pel’a Barake. Qetellong Sisera a theoha koloing ’me a baleha ka maoto. 16 Barake a lelekisa+ likoloi tsa ntoa+ le batho ba lulang liahelong ho ea fihla Haroshethe ea lichaba, hoo liahelo tsohle tsa Sisera li ileng tsa oa ka bohale ba sabole. Ha hoa ka ha sala le ea mong.+
17 Ha e le Sisera,+ a balehela ka maoto tenteng ea Jaele+ mosali oa Hebere Mokene,+ etsoe ho ne ho e-na le khotso pakeng tsa Jabine morena oa Hazore+ le ba ntlo ea Hebere Mokene. 18 Joale Jaele a tsoa ho khahlanyetsa Sisera ’me a re ho eena: “Fapohela mona, moren ’a ka, fapohela mona ho ’na. U se ke ua tšoha.” Kahoo a fapohela ho eena tenteng. Hamorao a mo koahela ka kobo. 19 Ka mor’a nako a re ho eena: “Ka kōpo, mphe metsinyana hore ke noe, kaha ke nyoriloe.” Ka lebaka leo a bula lekuka+ la lebese ’me a mo fa lona hore a noe,+ ka mor’a moo a mo koahela. 20 A tsoela pele ho re ho eena: “Ema monyako oa tente, ’me etlare haeba leha e le mang a tla ’me a u botsa a re, ‘Na ho na le motho moo?’ joale u tla re, ‘Che!’”
21 Jaele mosali oa Hebere a nka thakhisa ea tente ’me a tšoara hamore letsohong la hae. Joale a ea ho eena a nyonyoba eaba o khokhothela thakhisa litlhafunelong+ tsa hae ’me o e khokhothella fatše, ha a ntse a khalehile ’me a khathetse. Kahoo a shoa.+
22 Bonang! Barake o ne a lelekisa Sisera. Joale Jaele a tsoa ho mo khahlanyetsa ’me a re ho eena: “Tloo ’me ke tla u bontša motho eo u mo batlang.” Kahoo a kena ho eena, ’me, bonang! Sisera o ne a shoele, thakhisa e le litlhafunelong tsa hae.
23 Ka tsela eo Molimo a kokobetsa+ Jabine morena oa Kanana ka pel’a bara ba Iseraele letsatsing leo. 24 Letsoho la bara ba Iseraele la tsoela pele ho ba boima haholo khahlanong le Jabine morena oa Kanana,+ ho fihlela ba felisitse Jabine morena+ oa Kanana.
5 Letsatsing leo Debora+ hammoho le Barake+ mora oa Abinoame+ ba tlerola pina,+ ba re:
2 “Bakeng sa ho tlohela moriri hore o lepelle feela Iseraele bakeng sa ntoa,
Bakeng sa ho ithaopa ha batho,+
Bokang Jehova.+
3 Mamelang, lōna marena;+ le mamele, lōna balaoli ba phahameng:
’Na, e, ’na ke tla binela Jehova.
Ke tla binela Jehova, Molimo oa Iseraele,+ lipina tsa thoriso.+
Ha u tloha naheng ea Edomo,+
Lefatše le ile la reketla,+ maholimo le ’ona a rotha,+
Maru le ’ona a rotha metsi.
5 Lithaba tsa tloha sefahlehong sa Jehova,+
Sinai+ ena ea tloha sefahlehong sa Jehova,+ Molimo oa Iseraele.+
6 Matsatsing a Shamgare+ mora oa Anathe,
Matsatsing a Jaele,+ litsela li ne li se na sephethephethe,
’Me ba tsamaeang litseleng ba ne ba tsamaea ka litsela tse potolohang.+
7 Ba lulang naheng e sabaletseng ba ile ba fela, ba fela+ Iseraele,
Ho fihlela ’na, Debora,+ ke ema,
Ho fihlela ke ema joaloka ’mè Iseraele.+
8 Ba qala ho khetha melimo e mecha.+
Ke nakong eo ho neng ho e-na le ntoa hekeng.+
Thebe e ne e sa bonoe, kapa lerumo,
Har’a ba likete tse mashome a mane Iseraele.+
10 Lōna bapalami ba liesele+ tse tšehali tse bokhunoana bo bosehlana,
Lōna ba lulang holim ’a limmete tsa boleng bo phahameng,
Le lōna ba tsamaeang tseleng,
Le nahane!+
11 Mantsoe a mang a ba abang metsi har’a libaka tseo ho khuoang metsi ho tsona,+
Moo ba qala ho pheta liketso tse lokileng tsa Jehova,+
Liketso tse lokileng tsa batho ba hae ba lulang naheng e sabaletseng Iseraele.
Ke nakong eo batho ba Jehova ba ileng ba theohela lihekeng.
12 Tsoha, tsoha, Uena Debora;+
Tsoha, tsoha, u bine pina!+
Ema, Barake,+ ’me u tlose baholehuoa ba hao, uena mora oa Abinoame!+
13 Ke nakong eo baphonyohi ba ileng ba theohela ho ba hlomphehang;
Batho ba Jehova ba theohela ho ’na khahlanong le ba matla.
14 Ba ne ba simolohile Efraime khohlong,+
Hammoho le uena, Benjamine, har’a lichaba tsa heno.
Balaoli ba theoha Makire,+
Le ba tšoarang lisebelisoa tsa mongoli+ ba theoha Zabulone.
15 Likhosana tsa Isakare+ li ne li e-na le Debora,
’Me Barake+ o ne a le joaloka Isakare.
A romeloa khohlong ka maoto.+
Har’a lihlopha tsa Rubene ho ne ho phenngoa lipelo haholo.+
16 Ke hobane’ng ha u ile ua lula pakeng tsa lisatlelebeke tse peli,
Ho mamela molumo oa phala o etsetsoang mehlape?+
Etsoe lihlopheng tsa Rubene ho ne ho phenngoa lipelo haholo.+
17 Gileade a ’na a lula sebakeng sa hae sa bolulo ka lehlakoreng le leng la Jordane;+
Ke hobane’ng ha Dane a ile a tsoela pele ho lula ka nakoana likepeng?+
Ashere a lula a sa etse letho lebōpong la leoatle,
’Me a ’na a lula libakeng tsa hae tsa ho emisa likepe.+
18 Zabulone e ne e le sechaba se nyelisang meea ea sona ho fihlela makhatheng a lefu;+
Ka ho tšoanang le Nefthali,+ libakeng tse phahameng tsa naha.+
19 Marena a tla, a loana;
Ke nakong eo marena a Kanana a ileng a loana+
Ha aa ka a nka leruo la silevera.+
21 Molapo o phoroselang oa Kishone oa ba hohola,+
Molapo o phoroselang oa matsatsing a boholo-holo, molapo o phoroselang oa Kishone.+
U ile ua hatakela matla,+ Uena moea oa ka.
22 Ke nakong eo litlhako tsa lipere li ileng tsa tila+
Ka lebaka la ho koatola ha lipere tsa hae tse tona.
23 ‘Rohakang+ Meroze,’ ho boletse lengeloi la Jehova,+
‘Rohakang baahi ba eona le sa phetse,
Etsoe ha baa ka ba thusa Jehova,
Ho thusa Jehova ka ba matla.’
24 Jaele+ mosali oa Hebere Mokene+ o tla hlohonolofatsoa ka ho fetisisa har’a basali,
O tla hlohonolofatsoa ka ho fetisisa har’a basali tenteng.+
25 O kōpile metsi, a mo fa lebese;
A hlahisa lebese le hloebileng+ ka sekotlolo se seholo sa mokete sa ba hlomphehang.
26 Joale a otlollela letsoho la hae thakhiseng ea tente,
’Me letsoho la hae le letona a le otlollela notong ea ba sebetsang ka thata.+
Eaba o kokotela Sisera, a phunyeletsa hlooho ea hae,+
’Me a pshatla le ho seha litlhafunelo tsa hae.
27 A nyebella pakeng tsa maoto a hae, a oa, a rapalla;
A nyebella pakeng tsa maoto a hae, a oa;
Moo a nyebeletseng, a oela teng a hlōtsoe.+
28 Mosali a sheba ka fensetere ’me a ’na a mo qamaka,
’Mè oa Sisera a le lekhoakhoeng la lithupa,+
‘Ke hobane’ng ha koloi ea hae ea ntoa e liehile ho tla?+
Ke hobane’ng ha ho otla ha litlhako tsa likoloi tsa hae ho siiloe ke nako hakaale?’+
29 Ba bohlale ho mafumahali a hae a hlomphehang+ ba ne ba mo araba,
E, le eena o ne a ikaraba ka lipolelo tsa hae,
30 ‘Na ha baa tšoanela ho fumana, na ha baa tšoanela ho aba thepa e hapuoeng,+
Pōpelo—lipōpelo tse peli ho monna e mong le e mong ea shahlileng,+
Thepa e hapuoeng ea lintho tse fetotsoeng ’mala bakeng sa Sisera, thepa e hapuoeng ea lintho tse fetotsoeng ’mala,
Seaparo se khabisitsoeng, ntho e fetotsoeng ’mala, liaparo tse peli tse khabisitsoeng
Bakeng sa melala ea banna ba hapileng thepa?’
31 Kahoo lira tsohle tsa hao li ke li timele,+ Jehova,
’Me ba u ratang+ ba be joaloka letsatsi ha le hlaha ka matla a lona.”+
Naha ha ea ka ea boela ea khathatsoa ka lilemo tse mashome a mane.+
6 Joale bara ba Iseraele ba qala ho etsa se sebe mahlong a Jehova.+ Kahoo Jehova a nehelana ka bona matsohong a Bamidiane+ ka lilemo tse supileng. 2 Matsoho a Bamidiane a hlōla Baiseraele.+ Ka lebaka la Bamidiane bara ba Iseraele ba iketsetsa libaka tse ka tlaase tsa polokelo tse lithabeng, le mahaheng le libakeng tseo ho leng thata ho li atamela.+ 3 E ne e re haeba Baiseraele ba jetse peō,+ Bamidiane le Baamaleke+ le ba Bochabela+ ba ne ba futuha, e, ba ne ba ba futuhela. 4 Ba ne ba hloma liahelo khahlanong le bona ’me ba senya lihlahisoa tsa mobu ho ea fihla Gaza, ’me ba ne ba sa siee lintho leha e le life tsa ho iphelisa kapa nku kapa poho kapa esele Iseraele.+ 5 Etsoe bona le liphoofolo tsa bona tse ruiloeng ba ne ba nyoloha ka litente tsa bona. Ba ne ba tla ba le bangata joaloka litsie,+ bona le likamele tsa bona ba ne ba se na palo;+ ba ne ba kena naheng ho tla e felisa.+ 6 Baiseraele ba futsaneha haholo ka lebaka la Bamidiane; ’me bara ba Iseraele ba qala ho hoeletsa ho Jehova ho kōpa thuso.+
7 Kahobane bara ba Iseraele ba hoelelitse ho Jehova ho kōpa thuso ka lebaka la Bamidiane,+ 8 Jehova a romela monna e mong, moprofeta,+ ho bara ba Iseraele ’me a re ho bona: “Sena ke seo Jehova Molimo oa Iseraele a se boletseng, ‘Ke ’na ea le ntšitseng Egepeta+ ’me kahoo ka le ntša ntlong ea makhoba.+ 9 Kahoo ka le lopolla letsohong la Egepeta le matsohong a bahatelli bohle ba lōna eaba ke ba leleka ka pel’a lōna ’me ka le fa naha ea bona.+ 10 Ho feta moo, ka re ho lōna: “Ke ’na Jehova Molimo oa lōna.+ Le se ke la tšaba melimo ea Baamore+ bao le lulang naheng ea bona.”+ ’Me ha lea ka la mamela lentsoe la ka.’”+
11 Hamorao lengeloi la Jehova la tla+ ’me la lula tlas’a sefate se seholo se neng se le Ofra, seo e neng e le sa Joashe Moabi-ezere,+ ha mora oa hae Gideone+ a ntse a pola koro sehatelong sa veine e le hore a ka e tlosa kapele mahlong a Bamidiane. 12 Joale lengeloi la Jehova la hlaha ho eena ’me la re ho eena: “Jehova o na le uena,+ uena ea matla, ea sebete.” 13 Eaba Gideone o re ho lona: “Ntšoarele, moren ’a ka, empa haeba Jehova o na le rōna, joale ke hobane’ng ha sena sohle se re etsahaletse,+ ’me liketso tsohle tsa hae tse hlollang+ li hokae tseo bo-ntat’a rōna ba re phetetseng tsona,+ ba re, ‘Na Jehova ha aa re ntša Egepeta?’+ Joale Jehova o re tlohetse,+ ’me o nehelane ka rōna seatleng sa Bamidiane.” 14 Eaba Jehova oa mo talima ’me o re: “E-ea ka matla ana a hao,+ ’me ka sebele u tla pholosa Baiseraele seatleng sa Bamidiane.+ Na ha ke u rome?”+ 15 Eaba o re ho eena: “Ntšoarele, Jehova. Ke tla pholosa Baiseraele ka eng?+ Bona! Sekete sa ka ke se senyenyane ho Manase, ebile ’na ke monyenyane ntlong ea Ntate.”+ 16 Empa Jehova a re ho eena: “Hobane ke tla ba le uena,+ ’me ka sebele u tla timetsa Bamidiane+ joalokaha eka ke motho a le mong.”
17 Eaba o re ho eena: “Joale, haeba ke fumane kamohelo mahlong a hao,+ u nketsetse pontšo ea hore ke uena ea buang le ’na.+ 18 Ka kōpo, u se ke ua tloha mona ho fihlela ke tla ho uena+ ’me ke ntšitse mpho ea ka le ho e beha ka pel’a hao.”+ Tumellanong le hoo a re: “Ke tla ’ne ke lule mona ho fihlela u khutla.” 19 Gideone a kena ’me a lokisa potsanyane+ le efa ea phofo ea mahobe a sa lomosoang.+ A tšela nama ka basketeng, eaba o tšela moro ka pitseng, ’me ka mor’a moo a mo tlisetsa eona ka ntle tlas’a sefate se seholo eaba oa mo ngoathela.
20 Joale lengeloi la Molimo oa ’nete la re ho eena: “Nka nama le mahobe a sa lomosoang ’me u li behe holim ’a lefika le leholo moo,+ ’me u tšolle moro.” Eaba o etsa joalo. 21 Joale lengeloi la Jehova la otlolla ntlha ea lere le neng le le letsohong la lona ’me la ama nama le mahobe a sa lomosoang, eaba mollo o qala ho nyoloha lefikeng le ho chesa nama le mahobe a sa lomosoang.+ Ha e le lengeloi la Jehova, la nyamela ka pel’a hae. 22 Ka lebaka leo Gideone a hlokomela hore e ne e le lengeloi la Jehova.+
Hang-hang Gideone a re: “Oho, ’Musi Morena Jehova, ka lebaka la hore ebe ke bone lengeloi la Jehova lifahleho li talimane!”+ 23 Empa Jehova a re ho eena: “E-ba le khotso.+ U se ke ua tšoha.+ U ke ke ua shoa.”+ 24 Kahoo Gideone a hahela Jehova aletare+ moo, ’me e ntse e bitsoa+ Jehova-shalome ho fihlela letsatsing lena. E sa ntse e le Ofra+ ea Baabi-ezere.
25 Bosiung boo Jehova a tsoela pele ho re ho eena: “Nka pohoana, poho ea ntat’ao, ke hore, pohoana ea bobeli e lilemo li supileng, ’me u qhaqhe aletare ea Baale+ ea ntat’ao, ’me u reme palo e halalelang e pel’a eona.+ 26 U hahele Jehova Molimo oa hao aletare ka holim ’a qhobosheane ena, e nang le majoe a kolohantsoeng, ’me u nke pohoana ea bobeli u e nyehele e le nyehelo ea secheso likotoaneng tsa patsi ea palo e halalelang eo u tlang ho e rema.” 27 Tumellanong le hoo Gideone a nka banna ba leshome ho bahlanka ba hae ’me a etsa feela joalokaha Jehova a ne a buile le eena;+ empa kaha o ne a tšaba ba ntlo ea ntat’ae le banna ba motse haholo hore a ka etsa joalo motšehare, a etsa joalo bosiu.+
28 Ha banna ba motse ba tsoha hoseng haholo joalokaha e le tloaelo, bonang! aletare ea Baale e ne e helelitsoe ’me palo e halalelang+ e neng e le ka thōko ho eona e ne e remiloe, ’me pohoana ea bobeli e ne e nyehetsoe aletareng e neng e hahiloe. 29 Ba qala ho buisana ba re: “Ke mang ea entseng ntho ee?” Ba qala ho botsa le ho batla. Qetellong ba re: “Gideone mora oa Joashe ke eena ea entseng ntho ena.” 30 Kahoo banna ba motse ba re ho Joashe: “Ntša mora oa hao e le hore a ka shoa,+ hobane o helelitse aletare ea Baale, le hobane o remile palo e halalelang e neng e le pel’a eona.” 31 Eaba Joashe+ o re ho bohle ba neng ba eme khahlanong le eena:+ “Na e tla ba lōna ba etsang tšireletso ea molao bakeng sa Baale ho bona hore na le ka mo pholosa? Mang kapa mang ea etsang tšireletso ea molao bakeng sa hae o tšoanela ho bolaoa hoseng hona.+ Haeba ke Molimo,+ a ke a iketsetse tšireletso ea molao,+ hobane motho e mong o helelitse aletare ea hae.” 32 A qala ho mo bitsa Jerubaale+ letsatsing leo, a re: “Baale a ke a iketsetse tšireletso ea molao, hobane motho e mong o helelitse aletare ea hae.”+
33 Bamidiane+ bohle le Baamaleke+ le ba Bochabela+ ba bokana hammoho joaloka motho a le mong+ ’me ba tšela eaba ba hloma liahelo khohlong ea Jezriele.+ 34 Moea oa Jehova+ oa aparela Gideone hoo a ileng a qala ho letsa lenaka,+ ’me Baabi-ezere+ ba bokelloa ka mor’a hae. 35 A romela manģosa+ ho pholletsa le Manase eohle, eaba le bona ba bokelloa ka mor’a hae. A boela a romela manģosa ho pholletsa le Ashere le Zabulone le Nefthali, ’me ba nyoloha ho ea kopana le eena.
36 Joale Gideone a re ho Molimo oa ’nete: “Haeba u tla pholosa Baiseraele ka ’na, feela joalokaha u tšepisitse,+ 37 bona! ke tlohela boea bona bo kutiloeng bo pepesehile seotlong mona. Haeba phoka e lala holim ’a boea bo kutiloeng feela empa holim ’a lefatše lohle ho omile, joale ke tla tseba hore u tla pholosa Baiseraele ka ’na, feela joalokaha u tšepisitse.” 38 Ha e-ba ka tsela eo. Ha a tsoha hoseng ka letsatsi le hlahlamang ’me a tlhotla boea boo bo kutiloeng, a tlhotla boeeng bo kutiloeng phoka e lekaneng ho tlatsa sekotlolo se seholo sa mokete ka metsi. 39 Leha ho le joalo, Gideone a re ho Molimo oa ’nete: “Bohale ba hao bo se ke ba ntukela, empa e-re ke bue hanngoe feela lekhetlong lena. Ka kōpo, e-re ke etse teko hanngoe feela lekhetlong lena ka boea bo kutiloeng. Ka kōpo, boea bo kutiloeng bo ke bo ome bo le bong, ’me phoka e lale holim ’a lefatše lohle.” 40 Kahoo Molimo a etsa ka tsela eo bosiung boo; boea bo kutiloeng ba oma bo le bong, ’me phoka ea lala holim ’a lefatše lohle.
7 Joale Jerubaale,+ ke ho re, Gideone,+ le batho bohle ba neng ba e-na le eena, ba tsoha hoseng haholo ’me ba hloma liahelo selibeng sa Harode; ’me liahelo tsa Bamidiane li ne li le ka leboea ho eena, leralleng la More, khohlong. 2 Joale Jehova a re ho Gideone: “Batho ba nang le uena ba bangata haholo hore ke nehelane ka Bamidiane matsohong a bona.+ Mohlomong Baiseraele ba tla ithorisa+ khahlanong le ’na, ba re, ‘Ke letsoho la ka le mpholositseng.’+ 3 Joale, ka kōpo, hoeletsa moo sechaba se ntseng se utloa, u re, ‘Ke mang ea tšohileng le ea thothomelang? A ke a ikhule.’”+ Kahoo Gideone a se beha tekong. Eaba batho ba likete tse mashome a mabeli a metso e ’meli baa ikhula, ’me ho ne ho setse ba likete tse leshome.
4 Ho ntse ho le joalo Jehova a re ho Gideone: “Batho ba sa ntse ba le bangata haholo.+ E-re ba theohele metsing e le hore nka u behela bona tekong moo. Mang kapa mang eo ke tla re ho uena ka eena, ‘Enoa o tla ea le uena,’ ke eena ea tla ea le uena, empa e mong le e mong eo ke reng ka eena ho uena, ‘Enoa a ke ke a ea le uena,’ ke eena ea ke keng a ea.” 5 Kahoo a theolela batho metsing.+
Joale Jehova a re ho Gideone: “E mong le e mong ea qaphang metsi ka leleme feela joalokaha ntja e qapha, u tla mo behella ka thōko, le e mong le e mong ea khumamang ka mangole ho noa.”+ 6 Palo ea ba qaphelang melomong ka letsoho ea e-ba banna ba makholo a mararo. Ha e le batho ba bang kaofela, ba khumama ka mangole ho noa metsi.
7 Joale Jehova a re ho Gideone: “Ke tla le pholosa ka batho bana ba makholo a mararo ba qaphileng, ’me ke tla nehelana ka Bamidiane letsohong la hao.+ Ha e le batho ba bang kaofela, e mong le e mong a ikele sebakeng sa hae.” 8 Kahoo ba nka mefaho ea sechaba matsohong a sona, le manaka a sona,+ eaba o re banna bohle ba Iseraele ba tsamaee e mong le e mong ho ea lapeng la hae; ’me a lula a tšoere banna ba makholo a mararo. Ha e le liahelo tsa Bamidiane, li ne li le tlas’a hae khohlong.+
9 Eitse bosiung+ boo Jehova a re ho eena: “Ema, u theohele liahelong, hobane ke nehelane ka tsona letsohong la hao.+ 10 Empa haeba u tšaba ho theoha, theohela liahelong,+ uena hammoho le mohlanka oa hao Pura. 11 U tla mamela seo ba tla se bua,+ ’me ka mor’a moo ka sebele matsoho a hao a tla ba matla,+ ’me ka sebele u tla theohela liahelong.” Eaba eena le mohlanka oa hae Pura ba theohela moeling oa ba tlhophisong ea ntoa ba neng ba le liahelong.
12 Joale Bamidiane le Baamaleke le bohle ba Bochabela+ ba ne ba hasane khohlong ba le bangata joaloka litsie;+ likamele+ tsa bona li ne li se na palo, li le ngata joaloka lehlabathe le lebōpong la leoatle. 13 Joale Gideone a tla, ’me, bonang! ho ne ho e-na le monna ea phetelang motsoalle oa hae toro, eaba o tsoela pele ho re: “Toro ke ena eo ke e lorileng.+ Bona! Ho ne ho e-na le polokoe ea harese e ntseng e thetehela liahelong tsa Bamidiane. Joale ba tla tenteng ’me ba e otla hoo e ileng ea oa,+ ’me ba e phethola, eaba tente ea putlama.” 14 Motsoalle oa hae a araba+ a re: “Sena hase letho haese sabole ea Gideone+ mora oa Joashe, monna oa Baiseraele. Molimo oa ’nete+ o nehelane ka Bamidiane le liahelo tsohle letsohong la hae.”+
15 Eitse hang ha Gideone a utloa ho phetoa ha toro le tlhaloso ea eona,+ a qala ho rapela.+ Ka mor’a moo a khutlela liahelong tsa Baiseraele a re: “Emang,+ kaha Jehova o nehelane ka liahelo tsa Bamidiane matsohong a lōna.” 16 Joale a arola banna ba makholo a mararo ka lihlopha tse tharo ’me a beha manaka+ matsohong a bona kaofela le linkho tse khōlō tse se nang letho, le lirumula ka har’a linkho tse khōlō. 17 A tsoela pele ho re ho bona: “Le lokela ho ithuta ka ho ntalima, ’me ke kamoo le lokelang ho etsa kateng. Ha ke fihla moeling oa liahelo, hantle feela kamoo ke tlang ho etsa kateng, le lōna le tla etsa joalo. 18 Ha ke se ke letsitse lenaka, ’na le bohle ba nang le ’na, le lōna le tla letsa manaka, ka ho tšoanang, ho potoloha liahelo tsohle,+ ’me le tla re, ‘Ea Jehova+ le ea Gideone!’”
19 Ka mor’a nako Gideone a tla le banna ba lekholo ba neng ba e-na le eena moeling oa liahelo qalong ea tebelo ea har’a bosiu.+ Ba ne ba qeta ho beha balebeli. Eaba ba letsa manaka,+ ’me ha pshatlakanngoa linkho tse khōlō tsa metsi tse neng li le matsohong a bona.+ 20 Lihlopha tse tharo tsa letsa manaka+ ’me tsa pshatla linkho tse khōlō eaba li tšoara bocha lirumula ka matsoho a matšehali ’me ka matsoho a matona tsa tšoara manaka ho a letsa, tsa qala ho hoeletsa: “Sabole ea Jehova+ le ea Gideone!” 21 Ka nako eo eohle e mong le e mong a ’na a ema sebakeng sa hae ho potoloha liahelo ka hohle, eaba bohle ba lulang liahelong baa tutumolotseha ’me ba hooa eaba baa baleha.+ 22 Ba makholo a mararo+ ba tsoela pele ho letsa manaka,+ ’me Jehova a etsa hore sabole ea e mong le e mong e be khahlanong le e mong liahelong tsohle;+ ba lulang liahelong ba ’na ba baleha ho ea fihla Bethe-shita, ho fetela Zerera, ho ea fihla mathōkong a Abele-mehola+ haufi le Tabathe.
23 Khabareng banna ba Iseraele ba bokelloa ba tsoa Nefthali+ le Ashere+ le Manase+ eohle, ’me ba qala ho lelekisa+ Bamidiane. 24 Gideone a romela manģosa sebakeng sohle se lithaba sa Efraime,+ a re: “Theohang ho ea kopana le Bamidiane ’me le hape metsi pele ho bona ho ea fihla Bethe-bara le Jordane.” Kahoo banna bohle ba Efraime ba bokelloa, ’me ba hapa metsi+ ho ea fihla Bethe-bara le Jordane. 25 Ba boela ba hapa likhosana tse peli tsa Bamidiane, e leng, Orebe le Zebe;+ ba bolaela Orebe lefikeng la Orebe,+ ’me ba bolaela Zebe sekhakeletsing sa veine sa Zebe. Ba ’na ba lelekisa Bamidiane,+ ba tlisa hlooho ea Orebe le ea Zebe ho Gideone sebakeng sa Jordane.+
8 Joale banna ba Efraime ba re ho eena: “Ke ntho ea mofuta ofe eo u re entseng eona ka ho se re bitse ha u il’o loantša Bamidiane?”+ Eaba ba leka ka matla ho qalisa qabang le eena.+ 2 Qetellong a re ho bona: “Joale ke entse’ng ha ho bapisoa le lōna?+ Na tse khoahlapisitsoeng tsa Efraime+ ha li molemo ho feta ho bokelloa ha morara ha Abi-ezere?+ 3 Molimo o nehelane ka Orebe le Zebe+ likhosana tsa Midiane matsohong a lōna, ’me ke eng seo ke khonneng ho se etsa ha ho bapisoa le lōna?” Ha a buile lentsoe lena ea e-ba hona moea oa bona o kokobelang mabapi le eena.+
4 Qetellong Gideone a tla Jordane, a e tšela, eena le banna ba makholo a mararo ba neng ba e-na le eena, ba khathetse empa ba ntse ba tsoela pele ho ba lelekisa. 5 Hamorao a re ho banna ba Sukothe:+ “Ka kōpo fang banna bana ba latelang mehatong ea ka+ lipolokoe tsa bohobe, kaha ba khathetse ’me ke lelekisa Zeba+ le Zalmuna,+ marena a Midiane.” 6 Empa likhosana tsa Sukothe tsa re: “Na liatla tsa Zeba le Zalmuna li se li ntse li le letsohong la hao hoo lebotho la hao le lokelang ho fuoa bohobe?”+ 7 Eaba Gideone o re: “Ke ka lebaka leo ha Jehova a nehelana ka Zeba le Zalmuna letsohong la ka, ka sebele ke tlang ho otla nama ea lōna ka meutloa ea lefeelleng le lihlahla tse hlabang.”+ 8 A tsoela pele ho nyoloha ho tloha moo a ea Penuele+ ’me a qala ho bua le bona ka mokhoa oona ona, empa banna ba Penuele ba mo araba feela joalokaha banna ba Sukothe ba ne ba arabetse. 9 Kahoo a boela a re ho banna ba Penuele: “Ha ke khutla ka khotso, ke tla heletsa tora ena.”+
10 Joale Zeba le Zalmuna+ ba ne ba le Karkore, hammoho le batho ba bona ba lulang liahelong, ba ka bang likete tse leshome le metso e mehlano e le bohle ba neng ba setse liahelong tsohle tsa ba Bochabela;+ ’me ba neng ba se ba ntse ba oele e ne e le banna ba likete tse lekholo le mashome a mabeli ba neng ba tsomula sabole.+ 11 Gideone a tsoela pele ho nyoloha ka tsela ea ba lulang litenteng ho ea ka bochabela ho Noba le Jogbeha+ ’me a qala ho hlasela liahelo ha batho ba lulang liahelong ba sa itebela.+ 12 Ha Zeba le Zalmuna ba baleha, hang-hang a ba lelekisa ’me a hapa marena a mabeli a Midiane, Zeba le Zalmuna;+ ’me a etsa hore batho bohle ba lulang liahelong ba thothomele.
13 Gideone mora oa Joashe a qala ho khutla ntoeng ka lekhalo le nyolohelang Herese. 14 Ha a le tseleng a hapa mohlankana oa banna ba Sukothe+ ’me a mo botsa.+ Kahoo a mo ngolla mabitso a likhosana+ tsa Sukothe le banna ba eona ba baholo, banna ba mashome a supileng a metso e supileng. 15 Eaba o ea ho banna ba Sukothe ’me o re: “Bana ke Zeba le Zalmuna bao le ileng la ’nyelisa ka bona, le re, ‘Na liatla tsa Zeba le Zalmuna li se li ntse li le letsohong la hao hoo banna ba hao ba khathetseng ba lokelang ho fuoa bohobe?’”+ 16 Joale a nka banna ba baholo ba motse le meutloa ea lefeelleng le lihlahla tse hlabang, ’me a ruta banna ba Sukothe thuto.+ 17 A heletsa+ tora ea Penuele,+ ’me a bolaea banna ba motse.
18 Joale a re ho Zeba le Zalmuna:+ “E ne e le banna ba mofuta ofe bao le ba bolaileng Tabore?”+ Eaba ba re: “Kamoo u leng kateng, ba ne ba le joalo, e mong le e mong, a tšoana le bara ba morena ka sebōpeho.” 19 Eaba o re: “Ke barab’eso, bara ba ’Mè. Ka Jehova ea phelang, haeba le ne le ba bolokile ba phela, ke ne nke ke ka le bolaea.”+ 20 Joale a re ho Jethere letsibolo la hae: “Ema, u ba bolaee.” ’Me mohlankana ha aa ka a tsomula sabole ea hae, hobane o ne a tšohile, etsoe e ne e sa ntse e le mohlankana.+ 21 Kahoo Zeba le Zalmuna ba re: “Ema ’me u re hlasele, etsoe kamoo monna a leng kateng, ka ho tšoanang matla a hae a joalo.”+ Tumellanong le hoo Gideone a ema ’me a bolaea+ Zeba le Zalmuna eaba o nka mekhabiso e bōpehileng joaloka khoeli e neng e le melaleng ea likamele tsa bona.
22 Hamorao banna ba Iseraele ba re ho Gideone: “Re buse,+ uena le mora oa hao hammoho le setloholo sa hao, kaha u re pholositse letsohong la Bamidiane.”+ 23 Empa Gideone a re ho bona: “Nke ke ka le busa, leha e le hore mora oa ka o tla le busa.+ Jehova ke eena ea tla le busa.”+ 24 Gideone a tsoela pele ho re ho bona: “E-reng ke etse kōpo ho lōna: Mpheng, e mong le e mong oa lōna, lesale la nko+ la khapo ea hae.” (Etsoe ba ne ba e-na le masale a nko a khauta, kahobane e ne e le Baishmaele.)+ 25 Joale ba re: “Ka sebele re tla fana ka ’ona.” Eaba ba ala seaparo sa ka holimo ’me e mong le e mong a qala ho lahlela lesale la nko la khapo ea hae ka har’a sona. 26 Boima ba masale a nko a khauta ao a neng a a kōpile ea e-ba lishekele tsa khauta tse sekete le makholo a supileng, ntle ho mekhabiso e bōpehileng joaloka khoeli+ le masale le liaparo tsa boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu+ tse neng li le ho marena a Midiane ka ntle ho lifaha tse neng li le melaleng ea likamele.+
27 Gideone a etsa efoda+ ka eona le ho e bonahatsa motseng oa hae Ofra;+ ’me Baiseraele bohle ba qala ho ba le likamano tse litšila le eona moo,+ hoo e ileng ea e-ba leraba ho Gideone le ho ba ntlo ea hae.+
28 Kahoo Bamidiane+ ba hlōloa ka pel’a bara ba Iseraele, ’me ha baa ka ba hlola ba phahamisa hlooho; ’me naha ha ea ka ea boela ea khathatsoa ka lilemo tse mashome a mane matsatsing a Gideone.+
29 Jerubaale+ mora oa Joashe a tsamaea ’me a tsoela pele ho lula ka tlung ea hae.
30 Gideone a ba le bara ba mashome a supileng+ ba tsoileng nokeng ea hae, etsoe o ile a ba le basali ba bangata. 31 Ha e le serethe sa hae se neng se le Shikeme, le sona sa mo tsoalla mora. Kahoo a mo reha Abimeleke.+ 32 Qetellong Gideone mora oa Joashe a shoa a tsofetse haholo ’me a patoa sebakeng sa lepato sa ntat’ae Joashe se Ofra ea Baabi-ezere.+
33 Eitse hang ha Gideone a shoele bara ba Iseraele ba boela ba e-ba le likamano tse litšila le bo-Baale,+ hoo ba ileng ba beha Baale-berithe e le molimo oa bona.+ 34 Bara ba Iseraele ha baa ka ba hopola Jehova Molimo oa bona,+ ea neng a ba lopolotse matsohong a lira tsohle tsa bona tse ba potolohileng;+ 35 ha baa ka ba bontša mosa o lerato+ ho ba ntlo ea Jerubaale, Gideone, e le puseletso bakeng sa molemo oohle oo a neng a o bontšitse ho Baiseraele.+
9 Ka mor’a nako Abimeleke+ mora oa Jerubaale a ea Shikeme+ ho likhaitseli tsa ’m ’ae ’me a qala ho bua le tsona le lelapa lohle la ntlo ea ntat’a ’m ’ae, a re: 2 “Ka kōpo, buang moo beng ba naha bohle ba Shikeme ba ntseng ba utloa, ‘Ke hofe ho molemo ho lōna, hore banna ba mashome a supileng,+ bara bohle ba Jerubaale, ba le buse kapa hore monna a le mong a le buse? Le hopole hore ’na ke lesapo la lōna le nama ea lōna.’”+
3 Kahoo likhaitseli tsa ’m ’ae tsa qala ho bua mantsoe ana ’ohle ka eena moo beng ba naha bohle ba Shikeme ba ntseng ba utloa hoo lipelo tsa bona li ileng tsa sekamela ho Abimeleke,+ kaha ba ne ba re: “Ke mor’abo rōna.”+ 4 Joale ba mo fa likotoana tse mashome a supileng tsa silevera tse tsoang ntlong ea Baale-berithe,+ ’me ka tsona Abimeleke a hira banna ba sa sebetseng le ba nyelisang,+ e le hore ba ka tsamaea le eena. 5 Ka mor’a moo a ea ntlong ea ntat’ae e Ofra+ ’me a bolaea barab’abo,+ bara ba Jerubaale, banna ba mashome a supileng, holim ’a lejoe le le leng, empa Jothame mora e monyenyane oa Jerubaale a sala, hobane o ne a ipatile.
6 Ka mor’a moo beng ba naha bohle ba Shikeme le ntlo eohle ea Milo+ ba bokana ’me ba ea eaba ba etsa hore Abimeleke a buse e le morena,+ haufi le sefate se seholo,+ sefika se neng se le Shikeme.+
7 Ha ba tlalehela Jothame hang-hang a tsamaea ’me a ema Thabeng ea Gerizime+ eaba o phahamisa lentsoe ’me oa hoeletsa o re ho bona: “’Mameleng, lōna beng ba naha ba Shikeme, ’me Molimo a le mamele:
8 “Ka nako e ’ngoe lifate li ile tsa ea ho ea tlotsa morena oa tsona. Kahoo tsa re ho sefate sa mohloaare,+ ‘E-ba morena oa rōna.’+ 9 Empa sefate sa mohloaare sa re ho tsona, ‘Na ke tla tela monono oa ka oo ka oona ba tlotlisang+ Molimo le batho, ’me na ke tla ea eketheha holim ’a lifate tse ling?’+ 10 Joale lifate tsa re ho sefate sa feiga,+ ‘Uena tloo, u be mofumahali oa rōna.’ 11 Empa sefate sa feiga sa re ho tsona, ‘Na ke tla tela monate oa ka le lihlahisoa tsa ka tse ntle, ’me na ke tla ea eketheha holim ’a lifate tse ling?’+ 12 Ka mor’a moo lifate tsa re ho sefate sa morara, ‘Uena tloo, u be mofumahali oa rōna.’ 13 Sefate sa morara le sona sa re ho tsona, ‘Na ke tla tela veine ea ka e ncha e thabisang Molimo le batho,+ ’me na ke tla ea eketheha holim ’a lifate tse ling?’ 14 Qetellong lifate tse ling kaofela tsa re ho monokotšoai,+ ‘Uena tloo, u be morena oa rōna.’ 15 Eaba monokotšoai o re ho lifate, ‘Haeba ke ka ’nete le ntlotsang hore ke be morena oa lōna, tloong le batle setšabelo tlas’a moriti oa ka.+ Empa haeba ho se joalo, mollo+ o ke o tsoe monokotšoaing ’me o chese likedare+ tsa Lebanone.’+
16 “Joale haeba ke ka ’nete le ka ho hloka molato kamoo le entseng kateng le kamoo le qalileng ho etsa Abimeleke morena,+ ’me haeba ke molemo oo le o bontšitseng ho Jerubaale le ba ntlo ea hae, le haeba le mo entse se tšoaneloang ke mosebetsi oa matsoho a hae, 17 ha Ntate a ne a le loanela+ le ho beha moea+ oa hae kotsing e le hore a ka le lopolla letsohong la Bamidiane;+ 18 kajeno le tsohetse ba ntlo ea Ntate matla e le hore le ka bolaea bara ba hae,+ banna ba mashome a supileng,+ holim ’a lejoe le le leng, e le hore le ka etsa Abimeleke, mora oa lekhabunyane la hae,+ morena+ oa beng ba naha ba Shikeme hobane feela e le mor’abo lōna; 19 e, haeba ke ka ’nete le ka ho hloka molato kamoo le entseng kateng ho Jerubaale le ba ntlo ea hae kajeno, thabang ka lebaka la Abimeleke ’me le eena a thabe ka lebaka la lōna.+ 20 Empa haeba ho se joalo, mollo+ o ke o tsoe ho Abimeleke ’me o chese beng ba naha ba Shikeme le ntlo ea Milo,+ hape mollo+ o ke o tsoe ho beng ba naha ba Shikeme le ntlo ea Milo ’me o chese Abimeleke.”+
21 Joale Jothame+ a baleha ’me a tloha a matha eaba o ea Beere, ’me a lula moo ka lebaka la Abimeleke mor’abo.
22 Abimeleke a ’na a iketsa khosana ea Iseraele ka lilemo tse tharo.+ 23 Joale Molimo a lumella hore ho hlahe moea o mobe+ pakeng tsa Abimeleke le beng ba naha ba Shikeme, eaba beng ba naha ba Shikeme ba sebetsana le Abimeleke ka bolotsana,+ 24 e le hore bobe bo entsoeng ho bara ba mashome a supileng ba Jerubaale bo ka tla+ le hore a ka beha mali a bona holim ’a Abimeleke mor’abo bona hobane a ile a ba bolaea,+ le holim ’a beng ba naha ba Shikeme hobane ba ile ba matlafatsa matsoho+ a hae hore a bolaee barab’abo. 25 Kahoo beng ba naha ba Shikeme ba beha banna ba mo laletseng holim ’a litlhōrō tsa lithaba, ’me ba ne ba tlatlapa e mong le e mong ea neng a feta ho bona tseleng. Ka mor’a nako ha tlaleheloa Abimeleke.
26 Joale Gale+ mora oa Ebede le barab’abo ba tla ’me ba tšelela Shikeme,+ eaba beng ba naha ba Shikeme ba qala ho mo tšepa.+ 27 Ba tsoa joalokaha e le tloaelo ho ea masimong ’me ba bokella morara oa lirapa tsa bona tsa morara le ho o hatakela le ho ntšetsa pele mokete oa thabo e khaphatsehang,+ ka mor’a moo ba kena ka tlung ea molimo+ oa bona ba ja ba noa+ ’me ba rohaka+ Abimeleke. 28 Gale mora oa Ebede a tsoela pele ho re: “Abimeleke+ ke mang, ’me Shikeme ke mang hore re mo sebeletse? Na hase mora oa Jerubaale,+ ’me na Zebule+ hase molaoli oa hae? Sebeletsang banna ba Hamore,+ ntat’a Shikeme, lōna ba bang, empa ke hobane’ng ha re lokela ho mo sebeletsa? 29 Hoja batho bana ba ne ba le letsohong la ka!+ Joale ke ne ke tla tlosa Abimeleke.” A tsoela pele ho re ho Abimeleke: “Etsa hore lebotho la hao le be lengata ’me u tsoe.”+
30 Zebule khosana ea motse a utloa mantsoe a Gale mora oa Ebede.+ Joale bohale ba hae ba tuka. 31 Kahoo a romela manģosa ka mano ho Abimeleke, a re: “Bona! Gale mora oa Ebede le barab’abo joale ba tlile Shikeme,+ ’me ke bana ba khobokantse motse ho u futuhela. 32 Joale u tsohe bosiu,+ uena le batho ba nang le uena, ’me u lalle+ masimong. 33 Hoseng hang ha letsatsi le chaba u tsohe kapele, ’me u potlakele ho futuhela motse; ha eena le batho ba nang le eena ba u futuhela, le uena u mo etse feela kamoo letsoho la hao le khonang kateng.”
34 Tumellanong le hoo Abimeleke le batho bohle ba neng ba e-na le eena ba tsoha bosiu, ’me ba qala ho lalla Shikeme ka lihlopha tse ’nè. 35 Hamorao Gale+ mora oa Ebede a tsoa ’me a ema monyako oa heke ea motse. Joale Abimeleke le batho ba neng ba e-na le eena ba phahama sebakeng sa ho lalla. 36 Ha Gale a re heli! ’me a bona batho, hang-hang a re ho Zebule: “Bona! Batho ba theohang litlhōrōng tsa lithaba.” Empa Zebule a re ho eena: “Liriti tsa lithaba ke tsona tseo u li bonang eka ke batho.”+
37 Hamorao Gale a bua hape ’me a re: “Bona! Batho ba theohang bohareng ba naha, ’me sehlopha se seng se tla ka tsela ea sefate se seholo sa Meonenime.” 38 Eaba Zebule o re ho eena: “Joale e kae polelo ela ea hao eo u e buileng,+ ‘Abimeleke ke mang hore re mo sebeletse?’+ Na baa hase batho bao u ba lahlileng?+ Ka kōpo, joale tsoa, ’me u ba loantše.”
39 Kahoo Gale a tsoa a eteletse pele beng ba naha ba Shikeme ’me a loantša Abimeleke. 40 Abimeleke a mo sala morao, ’me a baleha ka pel’a hae; ’me ba bolailoeng ba ’na ba oa ka bongata ho ea fihla monyako oa heke.
41 Abimeleke a tsoela pele ho lula Aruma, ’me Zebule+ a qala ho leleka Gale+ le barab’abo hore ba se ke ba lula Shikeme.+ 42 Eitse letsatsing le hlahlamang batho ba qala ho tsoela masimong. Kahoo ba bolella Abimeleke.+ 43 Kahoo a nka batho eaba o ba arola lihlopha+ tse tharo ’me a qala ho lalla masimong. Joale a talima, ’me batho ba ne ba tsoa motseng. Joale a ba tsohela matla ’me a ba bolaea. 44 Abimeleke le lihlopha tse neng li e-na le eena ba potlaka e le hore ba ka ema monyako oa heke ea motse, ha lihlopha tse peli li ile tsa potlaka ho futuhela bohle ba neng ba le masimong, ’me tsa qala ho ba bolaea.+ 45 Abimeleke a loantša motse letsatsi leo lohle ’me a hapa motse oo; eaba o bolaea batho ba neng ba le ho oona,+ ka mor’a moo a heletsa motse+ ’me a o hasa ka letsoai.+
46 Ha beng ba naha bohle ba tora ea Shikeme ba utloa ka hona, kapele-pele ba ea kamoreng ea polokelo e ka tlas’a mohaho oa ntlo ea Ele-berithe.+ 47 Joale ha tlaleheloa Abimeleke hore beng ba naha bohle ba tora ea Shikeme ba phuthehile. 48 Eaba Abimeleke o nyolohela Thabeng ea Zalmone,+ eena hammoho le batho bohle. Joale Abimeleke a nka selepe letsohong la hae ’me a rema lekala la lifate eaba oa le phahamisa o le jara lehetleng ’me o re ho batho ba neng ba e-na le eena: “Seo le mponeng ke se etsa—potlakang, le etse joaloka ’na!”+ 49 Kahoo batho bohle ka ho tšoanang ba ithemela e mong le e mong lekala ’me ba qala ho latela Abimeleke. Joale ba a tšetleha kamoreng ea polokelo e ka tlas’a mohaho, eaba ba ba cheselletsa le kamore eo ea polokelo e ka tlas’a mohaho, hoo le batho bohle ba tora ea Shikeme ba ileng ba shoa, banna le basali ba ka bang sekete.+
50 Abimeleke a qala ho ea Thebeze+ a hloma liahelo khahlanong le Thebeze ’me a e hapa. 51 Kaha tora e matla e ne e le bohareng ba motse, e ne e le moo banna bohle le basali le beng ba masimo bohle ba neng ba balehela teng, ka mor’a moo ba ikoalla ’me ba hloella marulelong a tora. 52 Abimeleke a ea toreng eo ’me a qala ho e loantša, a nyolohela haufi le monyako oa tora eo hore a e chese ka mollo.+ 53 Joale mosali ea itseng a lahlela tšiloana holim ’a hlooho ea Abimeleke ’me a mo pshatla lehata.+ 54 Kahoo kapele a bitsa mohlanka ea jarang libetsa tsa hae ’me a re ho eena: “Tsomula sabole ea hao ’me u mpolaee,+ esere ba re ka ’na, ‘O bolailoe ke mosali.’” Kapele-pele mohlanka oa hae a mo hlaba, hoo a ileng a shoa.+
55 Ha banna ba Iseraele ba bona hore Abimeleke o shoele, joale e mong le e mong a ea sebakeng sa hae. 56 Ka tsela ena Molimo a khutlisa bobe ba Abimeleke boo a neng a bo entse ho ntat’ae ka ho bolaea barab’abo ba mashome a supileng.+ 57 Molimo a khutlisetsa bobe bohle ba banna ba Shikeme lihloohong tsa bona, e le hore bomalimabe+ ba Jothame+ mora oa Jerubaale+ bo ka tla holim ’a bona.+
10 Joale ka mor’a Abimeleke ha hlaha Thola mora oa Pua, mora oa Dodo, monna oa Isakare ho pholosa+ Baiseraele, ’me o ne a lula Shamire sebakeng se lithaba sa Efraime.+ 2 A tsoela pele ho ahlola Baiseraele ka lilemo tse mashome a mabeli a metso e meraro, ka mor’a moo a shoa ’me a patoa Shamire.
3 Joale ka mor’a hae ha hlaha Jaire Mogileade,+ ’me a tsoela pele ho ahlola Baiseraele ka lilemo tse mashome a mabeli a metso e ’meli. 4 A ba le bara ba mashome a mararo ba neng ba palame liesele+ tse hōlileng ka ho feletseng tse mashome a mararo, ’me ba ne ba e-na le metse e mashome a mararo. Ba ntse ba tsoela pele ho e bitsa Havothe-jaire+ ho fihlela letsatsing lena; e naheng ea Gileade. 5 Ka mor’a moo Jaire a shoa ’me a patoa Kamone.
6 Bara ba Iseraele ba boela ba etsa se sebe mahlong a Jehova,+ ’me ba qala ho sebeletsa bo-Baale+ le litšoantšo tsa Ashtorethe+ le melimo ea Syria+ le melimo ea Sidone+ le melimo ea Moabe+ le melimo ea bara ba Ammone+ le melimo ea Bafilista.+ Kahoo ba tlohela Jehova ’me ha baa ka ba mo sebeletsa.+ 7 Eaba bohale ba Jehova bo tukela Baiseraele,+ hoo a ileng a ba rekisetsa+ Bafilista+ le bara ba Ammone.+ 8 Kahoo ba sithabetsa le ho hatella bara ba Iseraele haboima ka selemo seo—ka lilemo tse leshome le metso e robeli bara bohle ba Iseraele ba neng ba le ka lehlakoreng la Jordane naheng ea Baamore e neng e le Gileade. 9 Bara ba Ammone ba ne ba tšela Jordane ho ea loantša esita le Juda le Benjamine le ba ntlo ea Efraime; Baiseraele ba ne ba le mahlomoleng a maholo.+ 10 Bara ba Iseraele ba qala ho hoeletsa ho Jehova ho kōpa thuso,+ ba re: “Re u sitetsoe,+ hobane re tlohetse Molimo oa rōna ’me re sebeletsa bo-Baale.”+
11 Joale Jehova a re ho bara ba Iseraele: “Na hase Egepeta+ le ho Baamore+ le ho bara ba Ammone+ le ho Bafilista+ 12 le ho Basidone+ le ho Baamaleke+ le ho Bamidiane,+ ke ileng ka le pholosa matsohong a bona, ha ba ne ba le hateletse+ eaba le qala ho hoeletsa ho ’na? 13 Ha e le lōna, le ntlohetse+ ’me la qala ho sebeletsa melimo e meng.+ Ke ka lebaka leo nke keng ka le pholosa hape.+ 14 E-eang ’me le hoeletse ho kōpa thuso ho melimo+ eo le e khethileng.+ E ke e be eona e le pholosang nakong ea mahlomola a lōna.” 15 Empa bara ba Iseraele ba re ho Jehova: “Re entse sebe.+ Re etse ho ea ka ntho leha e le efe e molemo mahlong a hao.+ Ka kōpo, u mpe u re lopolle, letsatsing lena.”+ 16 Ba qala ho tlosa melimo esele har’a bona+ le ho sebeletsa Jehova,+ hoo moea+ oa hae o ileng oa fela pelo ka lebaka la khathatso ea Baiseraele.+
17 Ka mor’a nako bara ba Ammone+ ba bokelloa ’me ba hloma liahelo Gileade.+ Ka ho tšoanang bara ba Iseraele ba bokana ’me ba hloma liahelo Mizpa.+ 18 Sechaba le likhosana tsa Gileade tsa qala ho buisana tsa re: “Ke mang monna ea tla etella pele ho loantša bara ba Ammone?+ E ke e be hlooho ea baahi bohle ba Gileade.”+
11 Joale Jafeta+ Mogileade+ e ne e le monna ea matla, ea sebete,+ ’me e ne e le mora oa mosali oa letekatse,+ ’me Gileade a tsoala Jafeta. 2 Mosali oa Gileade a ’na a mo tsoalla bara. Ha bara ba mosali eo ba se ba le baholo, ba qala ho leleka Jafeta ba re ho eena: “U ke ke ua ba le lefa lelapeng la ntat’a rōna,+ kaha u mora oa mosali e mong.” 3 Kahoo Jafeta a baleha ka lebaka la barab’abo eaba o lula naheng ea Tobe.+ Banna ba sa sebetseng ba ’na ba ikopanya hammoho le Jafeta, ’me ba ne ba tsoa le eena.+
4 Eitse ka mor’a nakoana bara ba Ammone ba qala ho loantša Baiseraele.+ 5 Eitse ha bara ba Ammone ba loantšitse Baiseraele,+ kapele-pele banna ba baholo ba Gileade ba ea nka Jafeta naheng ea Tobe.+ 6 Joale ba re ho Jafeta: “Tloo u be molaoli oa rōna, ’me re loantšeng bara ba Ammone.” 7 Empa Jafeta a re ho banna ba baholo+ ba Gileade: “Na hase lōna ba neng ba ntlhoile hoo le ileng la nteleka ka tlung ea Ntate?+ Ke hobane’ng ha le tlile ho ’na hona joale feela ha le le mahlomoleng?”+ 8 Eaba banna ba baholo ba Gileade ba re ho Jafeta: “Ke ka lebaka leo joale re khutletseng+ ho uena, ’me u tla ea le rōna u loantše bara ba Ammone, ’me u tla ba hlooho ea rōna ea baahi bohle ba Gileade.”+ 9 Kahoo Jafeta a re ho banna ba baholo ba Gileade: “Haeba le nkhutlisetsa ho ea loantša bara ba Ammone, ’me Jehova a ba tlohela+ ho ’na, ke tla ba hlooho ea lōna!” 10 Eaba banna ba baholo ba Gileade ba re ho Jafeta: “Jehova a ke a mamele pakeng tsa rōna+ haeba tsela eo re tla etsa ka eona e se tumellanong le lentsoe la hao.”+ 11 Ka lebaka leo Jafeta a tsamaea le banna ba baholo ba Gileade ’me sechaba sa mo beha hore e be hlooho ea sona le molaoli oa sona.+ ’Me Jafeta a qala ho bua mantsoe ’ohle a hae ka pel’a Jehova+ Mizpa.+
12 Joale Jafeta a romela manģosa ho morena oa bara ba Ammone,+ a re: “Taba ea ka le uena ke efe,+ ha e le moo u mphutuhetse ho tla loana naheng ea ka?” 13 Kahoo morena oa bara ba Ammone a re ho manģosa a Jafeta: “Ke hobane Baiseraele ba nkile naha ea ka ha ba nyoloha Egepeta,+ ho tloha Arnone+ ho ea fihla Jaboke le ho ea fihla Jordane.+ Joale e khutlise ka khotso.” 14 Empa Jafeta a boela a romela manģosa ho morena oa bara ba Ammone 15 a re ho eena:
“Sena ke seo Jafeta a se boletseng, ‘Baiseraele ha baa ka ba nka naha ea Moabe+ le naha ea bara ba Ammone.+ 16 Etsoe ha Baiseraele ba nyoloha Egepeta ba ile ba qala ho tsamaea ba pholletsa le lefeelleng ho ea fihla Leoatleng le Lefubelu+ ’me ba fihla Kadeshe.+ 17 Joale Baiseraele ba romela manģosa ho morena oa Edomo,+ ba re: “Ka kōpo, re lumelle hore re fete naheng ea hao,” ’me morena oa Edomo ha aa ka a mamela. Ba boela ba romeletsa ho morena oa Moabe,+ ’me ha aa ka a lumela. Baiseraele ba ’na ba lula Kadeshe.+ 18 Ha ba ntse ba tsamaea ho pholletsa le lefeella, ba tsamaea ho potoloha naha ea Edomo+ le naha ea Moabe, hoo ba ileng ba ea nģ’a bochaba-tsatsi mabapi le naha ea Moabe+ ’me ba hloma liahelo sebakeng sa Arnone; ’me ha baa ka ba tla ka har’a moeli oa Moabe,+ hobane Arnone e ne e le moeli oa Moabe.+
19 “‘Ka mor’a moo Baiseraele ba romela manģosa ho Sihone morena oa Baamore, morena oa Heshbone,+ ’me Baiseraele ba re ho eena: “Ka kōpo, re lumelle hore re fete naheng ea hao ho ea sebakeng sa ka.”+ 20 Sihone ha aa ka a ikutloa a tiisehile hore Baiseraele ba fete naheng ea hae, ’me Sihone a qala ho bokella batho bohle ba hae ’me a hloma liahelo Jahaze+ ’me a loantša Baiseraele.+ 21 Eaba Jehova Molimo oa Iseraele o nehelana ka Sihone le batho bohle ba hae letsohong la Baiseraele, hoo ba ileng ba ba bolaea ’me Baiseraele ba hapa naha eohle ea Baamore ba lulang naheng eo.+ 22 Kahoo ba hapa naha eohle ea Baamore ho tloha Arnone ho ea fihla Jaboke le ho tloha lefeelleng ho ea fihla Jordane.+
23 “‘Joale Jehova Molimo oa Iseraele ke eena ea ileng a leleka Baamore ka pel’a sechaba sa Iseraele,+ ’me u ne u tla ba leleka. 24 Na u ke ke ua leleka mang kapa mang eo molimo oa hao Kemoshe+ a etsang hore u mo leleke eo u tla mo leleka? E mong le e mong eo Jehova Molimo oa rōna a mo lelekileng ka pel’a rōna ke eena eo re tla mo leleka.+ 25 Joale na u molemo ho feta Balake mora oa Zipore, morena oa Moabe?+ Na o kile a tsekisana le Baiseraele, kapa na o kile a ba loantša? 26 Ha Baiseraele ba ne ba lula Heshbone le metseng e itšetlehileng ka eona+ le Aroere+ le metseng e itšetlehileng ka eona le metseng eohle e haufi le mabōpo a Arnone ka lilemo tse makholo a mararo, joale, ke hobane’ng ha ho se mohla le kileng la ba hloibila nakong eo?+ 27 Ha e le ’na, ha kea u siteloa, empa uena u nketsa hampe ka ho ntoantša. Jehova Moahloli+ a ke a ahlole kajeno pakeng tsa bara ba Iseraele le bara ba Ammone.’”
28 Morena oa bara ba Ammone ha aa ka a mamela mantsoe a Jafeta ao a neng a a rometse ho eena.+
29 Joale moea oa Jehova oa tla holim ’a Jafeta,+ ’me a feta Gileade le Manase ’me a feta Mizpe ea Gileade,+ ho tloha Mizpe ea Gileade a fetela pele ho bara ba Ammone.
30 Joale Jafeta a etsa boitlamo+ ho Jehova a re: “Haeba ruri u nehelana ka bara ba Ammone letsohong la ka, 31 hape ea tsoang, ea tsoelang ka ntle ho mamati a ntlo ea ka ho nkhahlanyetsa ha ke khutla ka khotso+ ho bara ba Ammone, e tla ba oa Jehova,+ ’me ke tla mo nyehela e le nyehelo ea secheso.”+
32 Kahoo Jafeta a fetela pele ho bara ba Ammone ho ba loantša, ’me Jehova a nehelana ka bona letsohong la hae. 33 A qala ho ba bolaea ho tloha Aroere ho ea fihla Minithe+—metse e mashome a mabeli—le ho ea fihla Abele-keramime ka polao e khōlō haholo. Kahoo bara ba Ammone ba hlōloa ka pel’a bara ba Iseraele.
34 Qetellong Jafeta a fihla Mizpa+ lelapeng la hae, ’me, bonang! morali oa hae a tsoa ho mo khahlanyetsa a letsa moropa o monyenyane ’me a tjeka!+ Joale e ne e le eena ngoana ea mong to! Ntle ho eena o ne a se na mora kapa morali. 35 Eitse ha a re heli! ’me a mo bona, a qala ho hahola liaparo+ tsa hae a re: “Oho, morali oa ka! Ka sebele u entse hore ke kokobele, ’me u fetohile eo ke neng ke mo khetholla. ’Na—’na ke ahlamisitse molomo oa ka ho Jehova, ’me ha ke khone ho koeneha.”+
36 Empa a re ho eena: “Ntate, haeba u ahlamisitse molomo oa hao ho Jehova, nketse ho ea ka se tsoileng molomong+ oa hao, etsoe Jehova o phethisitse liketso tsa phetetso bakeng sa hao holim ’a lira tsa hao, bara ba Ammone.” 37 A tsoela pele ho re ho ntat’ae: “Ntho ena e ke e etsoe ho ’na: Ntlohele ka likhoeli tse peli, u ntumelle ho tsamaea, ’me ke tla theoha lithabeng, ’me u ntumelle hore ke llele boroetsana+ ba ka, ’na le metsoalle ea ka ea banana.”
38 Eaba o re: “E-ea!” Kahoo a re a tsamaee ka likhoeli tse peli; ’me a ’na a tsamaea, eena le metsoalle ea hae ea banana, ’me a llela boroetsana ba hae lithabeng. 39 Eitse bofelong ba likhoeli tse peli a khutlela ho ntat’ae, ka mor’a moo a phetha boitlamo ba hae boo a neng a bo entse mabapi le eena.+ Ha e le eena, le ka mohla o ne a e-s’o kopanele liphate le monna. ’Me ea e-ba molao oa tsamaiso Iseraele: 40 Selemo le selemo barali ba Iseraele ba ne ba ea ho babatsa morali oa Jafeta Mogileade, matsatsi a mane ka selemo.+
12 Joale banna ba Efraime ba bokelloa ’me ba tšelela ka nģ’a leboea ’me ba re ho Jafeta: “Ke hobane’ng ha u ile ua tšela ho ea loantša bara ba Ammone, ’me ua se ke ua re hlabela mokhosi oa ho ea le uena?+ Ntlo ea hao re tla e cheselletsa ka mollo holim ’a hao.”+ 2 Empa Jafeta a re ho bona: “Ke bile mopheha-khang ea khethehileng, ’na le batho ba heso, le bara ba Ammone.+ ’Me ke ile ka hoeletsa ho lōna ho kōpa thuso, ’me ha lea ka la mpholosa letsohong la bona. 3 Ha ke bona hore ha le bapholosi, joale ke ile ka etsa qeto ea ho beha moea oa ka seatleng+ sa ka le ho futuhela bara ba Ammone.+ Eaba Jehova o nehelana ka bona letsohong la ka. Kahoo ke hobane’ng ha le mphutuhetse letsatsing lee ho ntoantša?”
4 Kapele-pele Jafeta a phutha+ banna bohle ba Gileade ’me a loantša Baefraime; banna ba Gileade ba qala ho bolaea Baefraime, kaha ba ne ba itse: “Lōna Bagileade, ke lōna batho ba balehileng ho Efraime, ka hare ho Efraime, ka hare ho Manase.” 5 Bagileade ba hapa maliboho a Jordane+ pele ho Efraime; ’me e ne e re ha banna ba balehang ba Efraime ba re: “Ntumelle hore ke fete,” joale banna ba Gileade ba ne ba re ho e mong le e mong: “Na u Moefraime?” Ha a ne a re: “Che!” 6 joale ba ne ba re ho eena: “Ka kōpo e-re Shibolethe.”+ ’Me o ne a re: “Sibolethe,” kaha o ne a sa khone ho bitsa lentsoe leo ka mokhoa o nepahetseng. ’Me ba ne ba mo tšoara le ho mo bolaela malibohong a Jordane. Kahoo nakong eo ha oa ba likete tse mashome a mane a metso e ’meli ba tsoang Efraime.+
7 Jafeta a tsoela pele ho ahlola Baiseraele ka lilemo tse tšeletseng, ka mor’a moo Jafeta Mogileade a shoa ’me a patoa motseng oa habo oa Gileade.
8 Ibzane ea tsoang Bethlehema+ a qala ho ahlola Baiseraele ka mor’a hae.+ 9 A ba le bara ba mashome a mararo le barali ba mashome a mararo. A romeletsa ka ntle eaba o tlisetsa bara ba hae barali ba mashome a mararo ba tsoang ka ntle. A tsoela pele ho ahlola Baiseraele ka lilemo tse supileng. 10 Joale Ibzane a shoa ’me a patoa Bethlehema.
11 Ka mor’a hae Elone Mozabulone+ a qala ho ahlola Baiseraele. A tsoela pele ho ahlola Baiseraele ka lilemo tse leshome. 12 Joale Elone Mozabulone a shoa ’me a patoa Ajalone naheng ea Zabulone.
13 Ka mor’a hae Abdone mora oa Hilele Mopirathone+ a qala ho ahlola Baiseraele. 14 A ba le bara ba mashome a mane le litloholo tse mashome a mararo ba neng ba palama liesele+ tse mashome a supileng tse hōlileng ka ho feletseng. A tsoela pele ho ahlola Baiseraele ka lilemo tse robeli. 15 Joale Abdone mora oa Hilele Mopirathone a shoa ’me a patoa Pirathone naheng ea Efraime thabeng ea Moamaleke.+
13 Bara ba Iseraele ba kopanela hape ho etseng se sebe mahlong a Jehova,+ hoo Jehova a ileng a nehelana ka bona matsohong a Bafilista+ ka lilemo tse mashome a mane.
2 Ho sa le joalo ho ne ho e-na le monna ea itseng oa Zora+ oa lelapa la Badane,+ ’me lebitso la hae e ne e le Manooa.+ Mosali oa hae e ne e le nyopa ’me o ne a sa tsoala ngoana.+ 3 Ka mor’a nako lengeloi la Jehova la hlaha ho mosali+ eo la re ho eena: “Joale, bona, u nyopa ’me ha ua tsoala ngoana. Ka sebele u tla ima ’me u tsoale mora.+ 4 Joale, ka kōpo u itebele, u se ke ua noa veine kapa joala bo tahang,+ u se ke ua ja ntho leha e le efe e sa hloekang.+ 5 Etsoe, bona! u tla ima, ’me ka sebele u tla tsoala mora, ’me ha ho lehare le lokelang ho feta hloohong+ ea hae, hobane ngoana eo e tla ba Monazari+ oa Molimo ha a tsoa ka mpeng;+ ke eena ea tla etella pele ho pholoseng Baiseraele matsohong a Bafilista.”+
6 Joale mosali eo a tsamaea ’me a re ho monna oa hae: “Ho na le monna oa Molimo oa ’nete ea tlileng ho ’na, ’me ponahalo ea hae e ne e tšoana le ponahalo ea lengeloi la Molimo oa ’nete,+ e le e tšabehang haholo.+ Ha kea ka ka mo botsa moo a tsoang teng, hape ha aa ka a mpolella lebitso la hae.+ 7 Empa o itse ho ’na, ‘Bona! U tla ima, ’me ka sebele u tla tsoala mora.+ Joale u se ke ua noa veine kapa joala bo tahang, ’me u se ke ua ja ntho leha e le efe e sa hloekang, hobane ngoana eo e tla ba Monazari oa Molimo ha a tsoa ka mpeng ho fihlela letsatsing la lefu la hae.’”+
8 Manooa a qala ho kōpa Jehova ka tieo a re: “Ntšoarele, Jehova.+ Monna oa Molimo oa ’nete eo u sa tsoa mo romela, ka kōpo, e-re a boele a tle ho rōna ’me a re laele+ seo re tšoanelang ho se etsa ho ngoana ea tlang ho tsoaloa.”+ 9 Tumellanong le hoo Molimo oa ’nete a mamela lentsoe la Manooa,+ eaba lengeloi la Molimo oa ’nete le boetse le tla ho mosali ha a ntse a lutse masimong, ’me monna oa hae Manooa o ne a se ’moho le eena. 10 Kapele-pele mosali eo a potlaka ’me a matha eaba o bolella monna+ oa hae o re ho eena: “Bona! Monna ea ileng a tla ho ’na ka letsatsi le leng o hlahile ho ’na.”+
11 Eaba Manooa oa ema ’me o tsamaea le mosali oa hae eaba o tla ho monna eo ’me o re ho eena: “Na ke uena monna ea buileng le mosali eo?”+ eaba o re: “Ke ’na.” 12 Joale Manooa a re: “Joale mantsoe a hao a ke a phethahale. Mokhoa oa bophelo oa ngoana eo le mosebetsi oa hae e tla ba ofe?”+ 13 Kahoo lengeloi la Jehova la re ho Manooa: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e boleletseng mosali enoa o lokela ho e phema.+ 14 Ho hang ha ho letho le tsoang sefateng sa morara leo a lokelang ho le ja, ’me a se ke a noa veine kapa joala bo tahang,+ ’me a se ke a ja ntho e sa hloekang ea mofuta leha e le ofe.+ A ke a boloke ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke mo laetseng eona.”+
15 Joale Manooa a re ho lengeloi la Jehova: “Ka kōpo, e-re re u thibele ho tsamaea ’me re lokise potsanyane ka pel’a hao.”+ 16 Empa lengeloi la Jehova la re ho Manooa: “Haeba u nthibela ho tsamaea, nke ke ka ja bohobe ba hao; empa haeba u tla etsetsa Jehova nyehelo ea secheso,+ u ka e nyehela.” Etsoe Manooa o ne a sa tsebe hore e ne e le lengeloi la Jehova. 17 Joale Manooa a re ho lengeloi la Jehova: “Lebitso la hao u mang,+ e le hore ka sebele re tle re u hlomphe ha lentsoe la hao le phethahala?” 18 Leha ho le joalo, lengeloi la Jehova la re ho eena: “Ke hobane’ng ha u botsa ka lebitso la ka, ha e le le hlollang?”
19 Manooa a nka potsanyane le nyehelo ea lijo-thollo ’me a e nyehela holim ’a lefika ho Jehova.+ O ne a etsa ho hong ka tsela e hlollang ha Manooa le mosali oa hae ba ntse ba talimile. 20 Kahoo eare ha lelakabe le nyoloha aletareng ho ea nģ’a leholimong, joale lengeloi la Jehova la nyoloha lelakabeng leo la aletare ha Manooa le mosali oa hae ba ntse ba talimile.+ Hang-hang ba itihela fatše ka lifahleho.+ 21 Lengeloi la Jehova ha lea ka la hlola le hlaha hape ho Manooa le mosali oa hae. Joale Manooa a tseba hore e ne e le lengeloi la Jehova.+ 22 Ka lebaka leo Manooa a re ho mosali oa hae: “Ka sebele re tla shoa,+ hobane re bone Molimo.”+ 23 Empa mosali oa hae a re ho eena: “Haeba Jehova a ne a thabela ho re bolaea, a ka be a sa amohela nyehelo ea secheso le nyehelo ea lijo-thollo matsohong a rōna,+ ’me a ka be a sa re bontša lintho tsena tsohle, ’me joale a ka be a sa re lumella ho utloa ntho leha e le efe e tjena.”+
24 Hamorao mosali eo a tsoala mora ’me a mo reha lebitso la Samsone;+ moshanyana eo a ’na a ba moholo, ’me Jehova a tsoela pele ho mo hlohonolofatsa.+ 25 Ka mor’a nako moea oa Jehova+ oa qala ho mo susumetsa Mahane-dane+ pakeng tsa Zora+ le Eshtaole.+
14 Joale Samsone a theohela Timna+ ’me a bona mosali Timna oa barali ba Bafilista. 2 Kahoo a nyoloha eaba o bolella ntat’ae le ’m ’ae o re: “Ke bone mosali Timna oa barali ba Bafilista, ’me joale mphumaneleng eena hore e be mosali oa ka.”+ 3 Empa ntat’ae le ’m ’ae ba re ho eena: “Na ha ho na mosali har’a barali ba barab’eno le har’a sechaba sohle sa heso,+ hoo u eang ho nka mosali ho Bafilista ba sa bollang?”+ Ho ntse ho le joalo Samsone a re ho ntat’ae: “Mphumanele eena, hobane ke eena ea lokileng mahlong a ka.” 4 Ha e le ntat’ae le ’m ’ae, ba ne ba sa tsebe hore seo se ne se tsoa ho Jehova,+ hore o ne a batla monyetla khahlanong le Bafilista, kaha ka nako eo Bafilista ba ne ba busa Baiseraele.+
5 Ka lebaka leo Samsone a theohela Timna+ le ntat’ae le ’m ’ae. Ha a fihla lirapeng tsa morara tsa Timna, joale, bonang! taoana e moetse e ne e puruma ha e mo khahlanyetsa. 6 Joale moea oa Jehova oa sebetsa ho eena,+ hoo a ileng a e arola likoto tse peli, feela joalokaha motho a arola potsanyane e tona likoto tse peli, ’me ho hang ho ne ho se letho letsohong la hae. Ha aa ka a bolella ntat’ae kapa ’m ’ae seo a se entseng. 7 A tsoela pele ho theoha ’me a qala ho bua le mosali eo; o ne a ntse a lokile mahlong a Samsone.+
8 Joale ka mor’a nakoana a khutla ho ea mo nkela lapeng.+ Khabareng a khelohela ka thōko ho talima setopo sa tau, ’me ho ne ho e-na le sehlopha sa linotši setopong sa tau, le mahe a linotši.+ 9 Kahoo a a horulela liatleng tsa hae eaba oa tsamaea, a tsamaea a ntse a ja.+ Ha a boela a kopana le ntat’ae le ’m ’ae, hang-hang a ba fa a mang, ’me ba qala ho ja. Ha aa ka a ba bolella hore o ne a horutse mahe ao a linotši setopong sa tau.
10 Ntat’ae a tsoela pele ho theohela ho mosali eo, ’me Samsone a tšoara mokete moo;+ etsoe eo e ne e le tsela eo bahlankana ba neng ba tloaetse ho etsa ka eona. 11 Eare ha ba mo bona, kapele-pele ba nka baetsana ba mashome a mararo, hore ba lule ba e-na le eena. 12 Joale Samsone a re ho bona: “Ka kōpo, e-reng ke le etsetse selotho.+ Haeba ruri le tla mpolella sona nakong ea matsatsi a supileng+ a mokete ’me le se rarolle, tabeng eo ke tla lokela ho le fa liaparo tsa ka tlaase tse mashome a mararo le liaparo tse mashome a mararo.+ 13 Empa haeba le sa khone ho mpolella sona, le tla lokela ho mpha liaparo tsa ka tlaase tse mashome a mararo le liaparo tse mashome a mararo.” Eaba ba re ho eena: “Etsa selotho sa hao, ’me re se utloe.” 14 Kahoo a re ho bona:
“Ho se jang+ ho tsoile se jeoang,
Ho se matla ho tsoile se monate.”+
Ha baa ka ba khona ho bolela selotho seo ka matsatsi a mararo. 15 Eitse ka letsatsi la bone ba qala ho re ho mosali oa Samsone: “Thetsa monna oa hao e le hore a ka re bolella selotho.+ Ho seng joalo re tla chesa uena le ntlo ea ntat’ao ka mollo.+ Na le ne le re memetse mona hore le tl’o nka maruo a rōna?”+ 16 Ka lebaka leo mosali oa Samsone a qala ho mo llela+ ’me a re: “Ruri u ntlhoile, ’me ha u nthate.+ Ho na le selotho seo u se etselitseng bara ba sechaba sa heso,+ empa ha ua mpolella sona.” Eaba o re ho eena: “Ha kea se bolella ’Mè le Ntate,+ ’me na ke tšoanela ho u bolella sona?” 17 Empa a ’na a mo llela ka matsatsi a supileng ao mokete o neng o tsoela pele ka ’ona, eare ka letsatsi la bosupa a qetella a mo boleletse, hobane o ne a mo qopheletse.+ Joale a bolella bara ba sechaba sa habo selotho seo.+ 18 Kahoo banna ba motse ba re ho eena ka letsatsi la bosupa le pele a ka ea kamoreng e ka hare:+
“Ke eng e monate ho feta mahe a linotši,
’Me ke eng e matla ho feta tau?”+
Eaba o re ho bona:
“Haeba le ne le sa lema ka khomo ea ka e nyenyane,+
Le ka be le sa rarolla selotho sa ka.”+
19 Moea oa Jehova oa sebetsa ho eena,+ hoo a ileng a theohela Ashkelone+ ’me a bolaea banna ba mashome a mararo ba bona eaba o nka seo a ba hlobolisitseng sona ’me o fana ka liaparo tseo ho ba hlalosang selotho.+ Bohale ba hae ba tsoela pele ho tuka, eaba o ea ntlong ea ntat’ae.
20 Mosali oa Samsone+ ea e-ba oa moetsana+ oa hae ea neng a tloaelane le eena.
15 Eitse ka mor’a nakoana, matsatsing a kotulo ea koro, Samsone a etela mosali oa hae a nkile potsanyane.+ Kahoo a re: “Ke tla kena ho mosali oa ka kamoreng e ka hare.”+ ’Me ntat’ae ha aa ka a mo lumella ho kena. 2 Empa ntat’ae a re: “Ka sebele ke ile ka ipolella ho re, ‘E tlameha ebe u mo hloile.’+ Kahoo ka mo fa moetsana oa hao.+ Na morali’abo e monyenyane ha a molemo ho mo feta? Ka kōpo, e ke e be oa hao ho e-na le e mong.” 3 Leha ho le joalo, Samsone a re ho bona: “Lekhetlong lena ke tla lokoloha molatong khahlanong le Bafilista haeba ke sebetsana le bona hore ke ba ntše kotsi.”+
4 Samsone a tsamaea a tšoasa liphokojoe+ tse makholo a mararo ’me a nka lirumula le ho shebisa mohatla mohatleng le ho beha serumula se le seng pakeng tsa mehatla e ’meli, hantle feela bohareng. 5 Eaba o hotetsa lirumula ’me o li romela masimong a lijo-thollo tse ntseng li le mahlakeng tsa Bafilista. Kahoo a chesa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho tloha ho ngata ho ea ho lijo-thollo tse ntseng li le mahlakeng le lirapa tsa morara le meru ea mohloaare.+
6 Bafilista ba qala ho re: “Ke mang ea entseng see?” Joale ba re: “Ke Samsone mokhoenyana oa Motimna, hobane o nkile mosali oa hae ’me a mo fa moetsana oa hae.”+ Eaba Bafilista baa nyoloha ’me ba chesa eena le ntat’ae ka mollo.+ 7 Eaba Samsone o re ho bona: “Haeba le etsa tjena, ha ho letho bakeng sa ka haese hore ke iphetetse ho lōna,+ ’me ka mor’a moo ke tla khaotsa.” 8 A qala ho ba hlasela, a bokella maoto le lirope ka polao e khōlō, ka mor’a moo a theoha ’me a qala ho lula lefarung la lefika Etame.+
9 Hamorao Bafilista+ ba nyoloha ’me ba hloma liahelo Juda+ eaba ba qala ho chalaka Lehi.+ 10 Joale banna ba Juda ba re: “Ke hobane’ng ha le re futuhetse?” eaba ba re: “Re nyolohetse ho tla holeha Samsone, ho mo etsa feela joalokaha a re entse.” 11 Kahoo banna ba likete tse tharo ba Juda ba theohela lefarung la lefika Etame+ ’me ba re ho Samsone: “Na ha u tsebe hore Bafilista baa re busa?+ Kahoo see seo u re entseng sona se bolela’ng?” Joale a re ho bona: “Feela kamoo ba nkentseng kateng ke tsela eo ke ba entseng ka eona.”+ 12 Empa ba re ho eena: “Re theohetse ho tla u tlama, ho nehelana ka uena matsohong a Bafilista.” Eaba Samsone o re ho bona: “Ntlhapanyetseng hore le ke ke la ntlhasela.” 13 Ba tsoela pele ho re ho eena: “Che, empa re tla u tlama feela, ’me re tla nehelana ka uena matsohong a bona; empa ho hang re ke ke ra u bolaea.”
Tumellanong le hoo ba mo tlama ka liropo tse peli tse ncha+ ’me ba mo ntšetsa ka ntle ho lefika. 14 A fihla Lehi, ’me Bafilista ba hooa ka thabo e fetisisang ha ba kopana le eena.+ Eaba moea oa Jehova+ o sebetsa ho eena, ’me liropo tse neng li le matsohong a hae tsa e-ba joaloka likhoele tsa line tse tlabotsoeng mollong,+ hoo litlamo tsa hae li ileng tsa qhibiliha matsohong a hae. 15 Joale a fumana lesapo la mohlahare le mongobo la esele e tona eaba o otlolla letsoho oa le nka ’me o qala ho bolaea banna ba sekete ka lona.+ 16 Joale Samsone a re:
“Ka mohlahare oa esele e tona—qubu e le ’ngoe, liqubu tse peli!
Ka mohlahare oa esele e tona ke bolaile banna ba sekete.”+
17 Eitse ha a qetile ho bua, kapele-pele a lahla mohlahare o letsohong la hae ’me a bitsa sebaka seo Ramathe-lehi.+ 18 Joale a nyoroa haholo, eaba o qala ho ipiletsa ho Jehova o re: “Ke uena ea faneng ka poloko ena e khōlō letsohong la mohlanka oa hao,+ ’me na joale ke tla shoa ke lenyora ’me na ke tla oela liatleng tsa ba sa bollang?”+ 19 Kahoo Molimo a petsola mokoti o bōpehileng joaloka motulo o neng o le Lehi, ’me metsi+ a qala ho tsoa ho oona, eaba oa noa, ka mor’a moo moea+ oa hae oa khutla ’me a hlaphoheloa.+ Ke ka lebaka leo a ileng a o reha lebitso la Ene-hakore, e Lehi ho fihlela letsatsing lena.
20 A tsoela pele ho ahlola Baiseraele matsatsing a Bafilista ka lilemo tse mashome a mabeli.+
16 Ka nako e ’ngoe Samsone a ea Gaza+ eaba o bona mosali oa letekatse moo ’me a kena ho eena.+ 2 Bagaza ba etsetsoa tlaleho, e reng: “Samsone o kene mona.” Kahoo ba mo pota-pota+ ’me ba mo lalla bosiu bohle hekeng ea motse.+ Ba khutsa bosiu bohle, ba re: “Hang ha e e-ba meso, re tla mo bolaea.”+
3 Leha ho le joalo, Samsone a ’na a robala ho fihlela har’a mp’a bosiu ’me joale a tsoha har’a mp’a bosiu eaba o tšoara mamati a heke ea motse+ le lipalo tse peli tse lehlakoreng ’me a li ntša hammoho le leballo eaba o li jara mahetleng ’me o qala ho li nyollela+ tlhōrōng ea thaba e ka pel’a Hebrone.+
4 Eare ka mor’a moo a qala ho rata mosali e mong phuleng ea molapo o phoroselang ea Soreke, ’me lebitso la hae e ne e le Delila.+ 5 Marena a selekane+ a Bafilista a qala ho nyolohela ho eena a re ho eena: “Mo thetse+ ’me u bone hore na matla a hae a maholo a tsoa kae ’me re ka mo hlōla ka eng ’me ka sebele re ka mo tlama ka eng e le hore re mo fekise; e mong le e mong oa rōna o tla u fa likotoana tsa silevera tse sekete le lekholo.”+
6 Hamorao Delila a re ho Samsone: “Ka kōpo, mpolelle, Matla a hao a maholo a ho eng ’me u ka tlangoa ka eng hore motho a u fekise?”+ 7 Joale Samsone a re ho eena: “Haeba ba ntlama ka lithapo+ tse supileng tse ntseng li le mongobo tse sa omisoang, le ’na ke tla fokola ’me ke be joaloka monna ea tloaelehileng.” 8 Kahoo marena a selekane+ a Bafilista a mo tlisetsa lithapo tse supileng tse ntseng li le mongobo tse neng li sa omisoa. Hamorao a mo tlama ka tsona. 9 Joale ba laletseng ba ne ba lutse ka kamoreng ea hae e ka hare,+ ’me a qala ho re ho eena: “Samsone, Bafilista+ ke bao!” Eaba o khaola lithapo tseo likoto tse peli, feela joalokaha khoele e ohliloeng ea thapo e khaoha likoto tse peli ha e utloa mollo.+ ’Me matla a hae ha aa ka a tsejoa.+
10 Ka mor’a moo Delila+ a re ho Samsone: “Bona! U nketselitse mano e le hore u ka mpolella mashano.+ Joale, ka kōpo, mpolelle seo u ka tlangoang ka sona.” 11 Kahoo a re ho eena: “Haeba ba ntlama ka thata ka liropo tse ncha tseo ho sa etsoang mosebetsi ka tsona, ke tla fokola ’me ke be joaloka monna ea tloaelehileng.” 12 Kahoo Delila a nka liropo tse ncha eaba o mo tlama ka tsona ’me a re ho eena: “Samsone, Bafilista ke bao!” Ka nako ena eohle ba laletseng ba ne ba lutse ka kamoreng e ka hare.+ Eaba o li khaola likoto tse peli matsohong a hae joaloka khoele.+
13 Ka mor’a moo Delila a re ho Samsone: “Ho fihlela joale u nketselitse mano e le hore u ka mpolella mashano.+ Mpolelle seo u ka tlangoang ka sona.”+ Joale a re ho eena: “Haeba u ka loha lithapo tse supileng tsa moriri oa hlooho ea ka ka khoele e theosang ea lesela.”+ 14 Ka lebaka leo a li tiisa ka thakhisa, ka mor’a moo a re ho eena: “Samsone, Bafilista ke bao!”+ Kahoo a tsoha borokong ’me a ntša nale ea foreimi e etsang lesela le khoele e theosang molohong oa lesela.
15 Joale a re ho eena: “U ka bolela joang ho re, ‘Kea u rata,’+ ha pelo ea hao e se ho ’na? Ka makhetlo ana a mararo u nketselitse mano ’me ha ua mpolella hore na matla a hao a maholo a tsoa kae.”+ 16 Eare kahobane a ne a mo qophella+ ka mantsoe a hae ka nako eohle ’me a tsoela pele ho mo phehella, moea oa hae oa fela pelo ho isa makhatheng a lefu.+ 17 Qetellong a mo senolela sohle se ka pelong+ ea hae ’me a re ho eena: “Le ka mohla lehare+ ha le e-s’o fete hloohong ea ka, hobane ke Monazari oa Molimo ho tloha ka mpeng ea ’Mè.+ Haeba ke ne nka beola, ka sebele matla a ka le ’ona a ne a tla tloha ho ’na, ’me ke ne ke tla fokola ke be joaloka banna ba bang bohle.”+
18 Ha Delila a bona hore o mo senoletse sohle se ka pelong ea hae, kapele-pele a romeletsa ’me a bitsa marena a selekane+ a Bafilista, a re: “Nyolohang lekhetlong lena, hobane o ntšenoletse sohle se ka pelong ea hae.”+ Eaba marena a selekane a Bafilista a nyolohela ho eena e le hore a ka tlisa chelete e matsohong a ’ona.+ 19 A mo robatsa mangoleng a hae. Joale a bitsa monna e mong ’me a etsa hore a beole lithapo tse supileng tsa moriri oa hlooho ea hae, ka mor’a moo a qala ho bontša ho mo fekisa, ’me matla a hae a ’na a tloha ho eena. 20 Joale a re: “Samsone, Bafilista ke bao!” Eaba o tsoha borokong ’me a re: “Ke tla tsoa joaloka makhetlong a mang+ ’me ke itlhohlore.” ’Me o ne a sa tsebe hore ke Jehova ea neng a tlohile ho eena.+ 21 Kahoo Bafilista ba mo tšoara eaba ba mo honya mahlo+ ’me ba mo tlisa Gaza+ le ho mo tlama ka litlamo tse peli tsa koporo;+ ’me ea e-ba ea silang+ ntlong ea chankana.+ 22 Ho sa le joalo moriri oa hlooho ea hae oa qala ho hōla haholo hang ha a se a beotsoe.+
23 Ha e le marena a selekane a Bafilista, a bokana ho etsetsa molimo oa ’ona Dagone+ sehlabelo se seholo le ho thaba, ’me a ’na a re: “Molimo oa rōna o nehelane ka Samsone sera sa rōna matsohong a rōna!”+ 24 Ha batho ba mo bona, hang-hang ba rorisa molimo+ oa bona, “hobane,” kamoo ba bolelang, “molimo oa rōna o nehelane ka sera+ sa rōna matsohong a rōna le moripitli oa naha+ ea rōna le ea neng a atisa ba bolailoeng ba rōna.”+
25 Eare kahobane lipelo tsa bona li ne li nyakaletse,+ ba qala ho re: “Bitsang Samsone e le hore a ka re qabola.”+ Kahoo ba bitsa Samsone ntlong ea chankana e le hore a ka ba bapalla;+ ’me ba mo emisa pakeng tsa litšiea. 26 Joale Samsone a re ho moshanyana ea neng a mo tšoere ka letsoho: “Ntumelle hore ke ame litšiea tseo ntlo ena e tiisitsoeng ka thata holim ’a tsona ’me ke itšoarelle ka tsona.” 27 (Ntlo eo e ne e tletse banna le basali ’me marena ’ohle a selekane a Bafilista a ne a le teng;+ marulelong ho ne ho e-na le banna le basali ba ka bang likete tse tharo ba neng ba talimile ha Samsone a ntse a ba qabola.)+
28 Joale Samsone+ a hoeletsa ho Jehova+ a re: “’Musi Morena Jehova, ka kōpo, nkhopole,+ ’me ka kōpo, u ’matlafatse,+ hanngoe feela lekhetlong lena, Molimo oa ’nete, ’me ke iphetetse ho Bafilista ka phetetso bakeng sa le leng la mahlo a ka a mabeli.”+
29 Eaba Samsone o itšoarella litšieeng tse peli tse hare tseo ntlo eo e neng e tiisitsoe ka thata holim ’a tsona, a li tšoara, e ’ngoe ka letsoho le letona le e ’ngoe ka letsoho le letšehali. 30 Samsone a re: “Moea oa ka o ke o shoe+ le Bafilista.” Joale a inama ka matla, ’me ntlo eo ea oela holim ’a marena a selekane le holim ’a batho bohle ba neng ba le ka har’a eona,+ hoo ba shoeleng bao a ba bolaileng ka lefu la hae ba bileng bangata ho feta bao a neng a ba bolaile ha a sa ntse a phela.+
31 Hamorao barab’abo le bohle ba ntlo ea ntat’ae ba theoha eaba baa mo phahamisa ’me ba mo nyolla ba mo pata pakeng tsa Zora+ le Eshtaole+ sebakeng sa lepato sa ntat’ae Manooa.+ Ha e le eena, o ne a ahlotse Baiseraele ka lilemo tse mashome a mabeli.+
17 Joale ho ne ho e-na le monna oa sebakeng se lithaba sa Efraime+ eo lebitso la hae e neng e le Mikea. 2 Ka mor’a nako a re ho ’m ’ae: “Likotoana tsa silevera tse sekete le lekholo tse nkiloeng ho uena le tseo u phatlalalitseng bomalimabe+ ka lebaka la tsona ’me ua bua moo ke ntseng ke utloa—bona! silevera eo e ho ’na. Ke ’na ea e nkileng.”+ Eaba ’m ’ae o re: “E se eka mora oa ka a ka hlohonolofatsoa ke Jehova.”+ 3 Ka lebaka leo a khutlisetsa likotoana tseo tsa silevera tse sekete le lekholo ho ’m ’ae;+ eaba ’m ’ae o tsoela pele ho re: “Ruri ke tla halaletsa silevera ena e letsohong la ka ho Jehova bakeng sa mora oa ka, e le hore ke etse setšoantšo se betliloeng+ le seemahale se entsoeng ka ho qhibilihisoa;+ joale ke tla e khutlisetsa ho uena.”
4 Kahoo a khutlisetsa silevera ho ’m ’ae, eaba ’m ’ae o nka likotoana tsa silevera tse makholo a mabeli ’me o li fa setei sa silevera.+ Sa etsa setšoantšo se betliloeng+ le seemahale se entsoeng ka ho qhibilihisoa;+ sa e-ba ka tlung ea Mikea. 5 Ha e le monna eo Mikea, o ne a e-na le ntlo ea melimo,+ ’me a etsa efoda+ le terafime+ ’me a tlatsa letsoho la e mong oa bara ba hae ka matla,+ e le hore e ka ba moprista bakeng sa hae.+ 6 Matsatsing ao ho ne ho se na morena Iseraele.+ Ha e le e mong le e mong, o ne a tloaetse ho etsa se neng se nepahetse mahlong a hae.+
7 Joale ho ne ho e-na le mohlankana oa Bethlehema+ e Juda oa lelapa la Juda, ’me e ne e le Molevi.+ O ne a lula moo ka nakoana. 8 Monna eo a tloha motseng oa Bethlehema e Juda ho ea lula ka nakoana kae kapa kae moo a neng a ka fumana sebaka. Qetellong ha a ntse a tsamaea a kena sebakeng se lithaba sa Efraime ho ea fihla ntlong ea Mikea.+ 9 Joale Mikea a re ho eena: “U tsoa hokae?” Eaba o re ho eena: “Ke Molevi ea tsoang Bethlehema e Juda, ’me ke tseleng ea ho ea lula ka nakoana kae kapa kae moo nka fumanang sebaka.” 10 Kahoo Mikea a re ho eena: “Lula le ’na ’me u be ntate+ le moprista+ bakeng sa ka, ’me ke tla u fa likotoana tsa silevera tse leshome ka selemo le liaparo tse tloaelehileng le lintho tsa hao tsa ho iphelisa.” Tumellanong le hoo Molevi eo a kena. 11 Kahoo Molevi eo a ikhethela ho lula le monna eo, ’me ho eena mohlankana eo a ba joaloka e mong oa bara ba hae. 12 Ho feta moo, Mikea a tlatsa letsoho la Molevi eo ka matla,+ e le hore mohlankana eo e ka ba moprista+ bakeng sa hae le hore a ka hlola ka tlung ea Mikea. 13 Kahoo Mikea a re: “Joale kea tseba hore Jehova o tla nketsa se molemo, hobane Molevi o fetohile moprista oa ka.”+
18 Matsatsing ao ho ne ho se na morena Iseraele.+ ’Me matsatsing ao moloko oa Badane+ o ne o ipatlela lefa leo o ka lulang ho lona; hobane ho fihlela letsatsing leo lefa le ne le e-s’o oele ho bona har’a meloko ea Iseraele.+
2 Qetellong bara ba Dane ba romela banna ba bahlano ba lelapa la bona, banna ba tsoang har’a bona, banna bao e neng e le batho ba sebete, ho tloha Zora+ le Eshtaole,+ ho ea hloela+ naha le ho e hlahloba. Kahoo ba re ho bona: “E-eang, le hlahlobe naha.” Ka mor’a nako ba kena sebakeng se lithaba sa Efraime+ ho ea fihla ntlong ea Mikea+ ’me ba hlola bosiu moo. 3 Ha ba le haufi le ntlo ea Mikea, ba tseba lentsoe la mohlankana eo, oa Molevi, hoo ba ileng ba fapohela teng. Ba re ho eena: “Ke mang ea u tlisitseng moo, u etsa’ng sebakeng see, ’me u na le thahasello efe moo?” 4 Eaba o re ho bona: “Mikea o nketselitse tjena le tjena e le hore a ka nkhira,+ e le hore nka ba moprista+ bakeng sa hae.” 5 Joale ba re ho eena: “Ka kōpo, botsa+ Molimo,+ e le hore re ka tseba hore na tsela ea rōna eo re e tsamaeang e tla ba e atlehileng.” 6 Kahoo moprista a re ho bona: “E-eang ka khotso. Tsela ea lōna eo le e tsamaeang e ka pel’a Jehova.”
7 Tumellanong le hoo banna bao ba bahlano ba tsoela pele eaba ba tla Laishe+ ’me ba bona kamoo batho ba leng ho eona ba neng ba lula ka ho itšepa ho ea ka tloaelo ea Basidone, ba khutsitse ’me ba sa belaelle letho,+ ’me ho ne ho se na mohlōli ea hatellang ea neng a tšoenya ntho leha e le efe naheng, hobane ba ne ba le hōle le Basidone+ ’me ba ne ba sa ikamahanye ka letho le moloko oa batho.
8 Qetellong ba fihla ho barab’abo bona Zora+ le Eshtaole,+ ’me barab’abo bona ba qala ho re ho bona: “Lintho li le tsamaetse joang?” 9 Eaba ba re: “Emang, ’me re ba futuheleng; etsoe re bone naha eo, ’me, bonang! e ntle haholo.+ ’Me lea tsila-tsila. Le se ke la tsoafa ho kena le ho hapa naha eo.+ 10 Ha le kena, le tla fihla ho batho ba sa belaelleng letho,+ ’me naha eo e pharaletse haholo; etsoe Molimo o nehelane ka eona matsohong+ a lōna, sebakeng seo ho sona ho se nang khaello ea ntho ea mofuta leha e le ofe e lefatšeng.”+
11 Joale banna ba makholo a tšeletseng ba tsoang lelapeng la Badane,+ ba hlomela ka libetsa tsa ntoa, ba tloha moo, ke hore, Zora le Eshtaole.+ 12 Ba nyoloha ’me ba qala ho hloma liahelo Kiriathe-jearime+ e Juda. Ke ka lebaka leo ba ileng ba bitsa sebaka seo Mahane-dane+ ho fihlela letsatsing lena. Bonang! E ka bophirimela ho Kiriathe-jearime. 13 Ka mor’a moo ba fetela pele ho tloha moo ba ea sebakeng se lithaba sa Efraime ’me ba fihla ntlong ea Mikea.+
14 Joale banna ba bahlano ba neng ba il’o hloela+ naha ea Laishe+ ba araba ’me ba re ho barab’abo bona: “Na le ne le tseba hore ka hare ho matlo aa ho na le efoda le terafime+ le setšoantšo se betliloeng+ le seemahale se entsoeng ka ho qhibilihisoa?+ Joale hopolang seo le tšoanelang ho se etsa.”+ 15 Kahoo ba fapohela moo ’me ba fihla ntlong ea mohlankana eo, oa Molevi,+ ntlong ea Mikea, ’me ba qala ho botsa hore na o ea joang.+ 16 Nakong eo eohle banna ba makholo a tšeletseng ba hlometseng ka libetsa tsa bona tsa ntoa,+ bao e neng e le ba bara ba Dane,+ ba ne ba eme monyako oa heke. 17 Joale banna ba bahlano ba neng ba il’o hloela naha+ ba nyoloha, e le hore ba ka kena ka moo ho nka setšoantšo se betliloeng+ le efoda+ le terafime+ le setšoantšo se entsoeng ka ho qhibilihisoa.+ (Moprista+ o ne a eme monyako oa heke le banna ba makholo a tšeletseng ba hlometseng ka libetsa tsa ntoa.) 18 Ba kena ka tlung ea Mikea ’me ba nka setšoantšo se betliloeng, efoda le terafime le setšoantšo se entsoeng ka ho qhibilihisoa.+ Eaba moprista+ o re ho bona: “Le etsa’ng?” 19 Empa ba re ho eena: “Khutsa. U behe letsoho molomong, ’me u tsamaee le rōna u be ntate+ le moprista+ bakeng sa rōna. Ke hofe ho molemo, hore u tsoele pele u le moprista ntlong ea motho a le mong+ kapa hore u be moprista oa moloko le lelapa Iseraele?”+ 20 Eaba pelo ea moprista ea khahloa,+ ’me joale a nka efoda le terafime le setšoantšo se betliloeng+ eaba o tla har’a batho bao.
21 Joale ba reteleha ba tsamaea ’me ba beha bana ba banyenyane le liphoofolo tse ruiloeng le lintho tsa bohlokoa ka pele ho bona.+ 22 Ba ne ba le hōle le ntlo ea Mikea ha banna ba neng ba le matlong a haufi le ntlo ea Mikea+ ba bokelloa ’me ba leka ho fumana bara ba Dane. 23 Ha ba ntse ba hoeletsa bara ba Dane, joale ba reteletsa lifahleho tsa bona ’me ba re ho Mikea: “Molato ke’ng ka uena+ ha le bokelletsoe?” 24 Kahoo a re: “Le nkile melimo+ ea ka eo ke e entseng,+ le eena moprista,+ ’me lea tsamaea, ke sa tla hlola ke e-ba le eng?+ Joale, ho tla joang hore le re ho ’na, ‘Molato ke’ng ka uena?’” 25 Eaba bara ba Dane ba re ho eena: “U se ke ua lumella lentsoe la hao hore le utloahale haufi le rōna, esere banna bao moea oa bona o utloileng bohloko+ ba le hlasela, ’me ua lokela ho lahleheloa ke moea oa hao le moea oa ba ntlo ea hao.” 26 Bara ba Dane ba ’na ba tsamaea; Mikea a bona hore ba matla ho mo feta,+ kahoo a reteleha ’me a khutlela ntlong ea hae.
27 Ha e le bona, ba nka seo Mikea a neng a se entse le moprista+ ea neng a fetohile oa hae, ’me ba ’na ba ea nģ’a Laishe,+ ba futuhela batho ba khutsitseng le ba sa belaelleng letho.+ Ba ba bolaea ka bohale ba sabole,+ ’me ba chesa motse oo ka mollo.+ 28 Ho ne ho se molopolli, kaha e ne e le hōle haholo le Sidone,+ ’me ba ne ba sa ikamahanye ka letho le moloko oa batho; ke khohlong eo e neng e le ea Bethe-rehobe.+ Joale ba haha motse ’me ba lula ho oona.+ 29 Ho feta moo, motse oo ba o reha lebitso la Dane ba o rehella ka lebitso la ntat’a bona, Dane,+ ea neng a tsoaletsoe Iseraele.+ Leha ho le joalo, lebitso la motse oo e ne e le Laishe pele.+ 30 Ka mor’a moo bara ba Dane ba ikemisetsa setšoantšo se betliloeng;+ ’me Jonathane+ mora oa Gershome,+ mora oa Moshe, eena le bara ba hae ea e-ba baprista ba moloko oa Badane ho fihlela letsatsing la ho isoa ha naha eo kholehong.+ 31 Ba ’na ba itlhomela setšoantšo se betliloeng sa Mikea, seo a neng a se entse, ka matsatsi ’ohle ao ntlo+ ea Molimo oa ’nete e bileng Shilo ka ’ona.+
19 Joale matsatsing ao ho ne ho se na morena Iseraele.+ ’Me Molevi ea itseng o ne a lutse ka nakoana likarolong tse hōle ka ho fetisisa tsa sebaka se lithaba sa Efraime.+ Ka mor’a nako a nka serethe+ hore e be mosali oa hae ho tsoa Bethlehema+ e Juda. 2 Serethe sa hae sa qala ho etsa bohlola+ khahlanong le eena. Qetellong sa tloha ho eena ho ea ntlong ea ntat’a sona Bethlehema e Juda ’me sa hlola moo likhoeli tse ’nè tse feletseng. 3 Joale monna oa sona a tloha ’me a se sala morao ho ea bua le sona ka mokhoa o tšelisang e le hore a se khutlise; mohlanka+ oa hae o ne a e-na le eena le liesele tse peli tse tona. Kahoo sa mo kenya ka tlung ea ntat’a sona. Ha ntat’a mosali eo e mocha a mo bona, hang-hang a thabela ho kopana le eena. 4 Ka lebaka leo mohoe oa hae, ntat’a mosali eo e mocha, a mo tšoara, hoo a ileng a tsoela pele ho lula le eena matsatsi a mararo; ba ne ba ja ba noa, ’me a hlola bosiu moo.+
5 Eare ka letsatsi la bone, ha ba tsoha hoseng haholo joalokaha e le tloaelo, joale a tsoha hore a tsamaee, empa ntat’a mosali eo e mocha a re ho mokhoenyana oa hae: “Matlafatsa pelo ea hao ka bohobe+ bo seng bokae ’me ka mor’a moo le ka tsamaea.” 6 Kahoo ba lula fatše, eaba ka bobeli ba qala ho ja le ho noa hammoho; ka mor’a moo ntat’a mosali eo e mocha a re ho monna eo: “Ka kōpo, tloo ’me u hlole bosiu,+ ’me pelo ea hao e ikutloe e thabile.”+ 7 Ha monna eo a ema hore a tsamaee, mohoe oa hae a ’na a mo kōpa, hoo a ileng a hlola bosiu moo hape.+
8 Ha a tsoha hoseng haholo letsatsing la bohlano hore a tsamaee, joale ntat’a mosali eo e mocha a re: “Ka kōpo, nka se matlafatsang bakeng sa pelo ea hao.”+ Ba lieha ho fihlela letsatsi le ile. ’Me ka bobeli ba ’na ba ja. 9 Joale monna+ eo a ema hore a tsamaee, eena le serethe+ sa hae le mohlanka+ oa hae; empa mohoe oa hae, ntat’a mosali eo e mocha, a re ho eena: “Bona, joale! Letsatsi le sekame e se e tla ba mantsiboea. Ka kōpo, hlolang bosiu.+ Bona! letsatsi lea phirima. Hlolang mona bosiu, ’me lipelo tsa lōna li ikutloe li thabile.+ Hosasane le tla tsoha hoseng haholo bakeng sa leeto la lōna, ’me le tla ea tenteng ea lōna.” 10 Leha ho le joalo, monna eo ha aa ka a lumela ho hlola bosiu, empa a ema ’me a tsamaea ho ea fihla ka pel’a Jebuse,+ ke ho re, Jerusalema;+ ’me o ne a e-na le liesele tse peli tse tona tse qhanehiloeng, le serethe sa hae le mohlanka oa hae.
11 Ha ba le haufi le Jebuse, kaha letsatsi le ne le se le rapame haholo,+ joale mohlanka a re ho mong’a hae: “Joale, tloo re fapohele motseng ona oa Bajebuse+ ’me re hlole bosiu teng.” 12 Empa mong’a hae a re ho eena: “A re se ke ra fapohela motseng oa basele+ bao e seng karolo ea bara ba Iseraele; re lokela ho fetela pele ho ea fihla Gibea.”+ 13 A tsoela pele ho re ho mohlanka oa hae: “Tloo re atamele se seng sa libaka tseo, ’me re tla hlola bosiu Gibea kapa Rama.”+ 14 Kahoo ba fetela pele ’me ba ’na ba tsamaea, ’me letsatsi la qala ho ba likella ha ba le haufi le Gibea, ea Benjamine.
15 Ka lebaka leo ba fapohela moo ho kena teng hore ba hlole bosiu Gibea. Ba kena ’me ba lula fatše lepatlelong la motse, ’me ho ne ho se ea ba amohelang hore ba kene ka tlung hore ba hlole bosiu.+ 16 Qetellong, bonang! monna-moholo ea kenang mantsiboea+ a tsoa mosebetsing oa hae masimong, ’me monna eo o ne a tsoa sebakeng se lithaba sa Efraime,+ ’me o ne a lula ka nakoana Gibea; empa banna ba motse oo e ne e le Babenjamine.+ 17 Ha a phahamisa mahlo a bona monna eo, oa motsamai, a le lepatlelong la motse. Kahoo monna-moholo eo a re: “U ea hokae, ’me u tsoa hokae?”+ 18 Eaba o re ho eena: “Re fetela pele re tsoa Bethlehema e Juda ho ea likarolong tse hōle ka ho fetisisa tsa sebaka se lithaba sa Efraime.+ Ke hona moo ke tsoang teng, empa ke ile ka ea Bethlehema e Juda;+ ke ea ntlong ea ka, ’me ha ho ea nkamohelang hore ke kene ka tlung.+ 19 Ho na le joang le furu+ bakeng sa liesele tsa rōna tse tona, ’me ho na le bohobe+ le veine bakeng sa ka le lekhabunyane+ la hao le bakeng sa mohlokomeli+ ea nang le mohlanka oa hao. Ha ho letho le haellang.” 20 Leha ho le joalo, monna-moholo eo a re: “E se eka u ka ba le khotso!+ Leha e le eng e u haellang e ke e be holim ’a ka.+ Feela u se ke ua hlola bosiu lepatlelong.” 21 Eaba o mo tlisa ka tlung+ ea hae ’me o lahlella liesele tse tona+ furu. Joale ba itlhatsoa maoto+ ’me ba qala ho ja le ho noa.
22 Ha ba ntse ba etsa hore lipelo tsa bona li ikutloe li thabile,+ bonang! banna ba motse, banna ba se nang molemo,+ ba pota-pota ntlo,+ ba sutumeletsana lemating; ’me ba ’na ba re ho monna-moholo eo, mong’a ntlo: “Ntša monna ea keneng ka tlung ea hao, e le hore re ka kopanela liphate le eena.”+ 23 Eaba mong’a ntlo o tsoela ka ntle ho bona ’me o re ho bona:+ “Che, barab’eso,+ ka kōpo, le se ke la etsa letho le fosahetseng, kaha monna enoa o tlile ka tlung ea ka. Le se ke la etsa booatla bona bo nyelisehang.+ 24 Morali oa ka oa moroetsana le serethe sa hae ke bana. Ka kōpo, e-reng ke ba ntše, ’me le ba bete+ le ba etse se molemo mahlong a lōna. Empa ho monna enoa le se ke la etsa ntho ena e nyelisehang, e booatla.”
25 Banna bao ha baa ka ba batla ho mo mamela. Kahoo monna eo a tšoara serethe+ sa hae ’me a se tlisa ho bona ka ntle; ba qala ho kopanela liphate le sona,+ ba ’na ba se hlekahleka+ bosiu bohle ho fihlela hoseng, ka mor’a moo ha mafube a hlaha ba re se tsamaee. 26 Joale mosali eo a tla ha bo e-sa, ’me a oela fatše monyako oa ntlo ea monna eo moo mong’a hae a neng a le hona teng,+—ho fihlela ka meso. 27 Hamorao mong’a hae a tsoha hoseng ’me a bula mamati a ntlo ’me a tsoa hore a tsamaee, ’me, bonang! mosali, serethe+ sa hae, o ne a oetse monyako oa ntlo matsoho a hae a le holim ’a monyako! 28 Kahoo a re ho eena: “Tsoha, re tsamaee.” Empa ho ne ho se ea arabang.+ Eaba monna eo o mo beha holim ’a esele ’me oa tloha o ea ha habo.+
29 Joale a kena ka tlung ea hae eaba o nka thipa e selakhang ’me o tšoara serethe sa hae eaba o se poma likotoana tse leshome le metso e ’meli+ ho ea ka masapo a sona ’me a se romela sebakeng se seng le se seng sa Iseraele.+ 30 E mong le e mong ea bonang sena a re: “Ntho e kang ena le ka mohla ha e e-s’o hlahe kapa hona ho bonoa ho tloha letsatsing leo bara ba Iseraele ba nyolohileng ka lona naheng ea Egepeta ho fihlela letsatsing lena. Behang lipelo tsa lōna ho eona, rerisanang+ ’me le bue.”
20 Ka lebaka leo bara bohle ba Iseraele ba tsoa+ ’me phutheho ea phuthehela ho Jehova Mizpa,+ joaloka motho a le mong,+ ho tloha Dane+ ho fihlela Beerseba+ hammoho le naha ea Gileade.+ 2 Kahoo banna ba bohlokoa ba sechaba sohle le meloko eohle ea Iseraele ba ema phuthehong ea sechaba sa Molimo oa ’nete,+ banna ba likete tse makholo a mane ba tsamaeang ka maoto ba tsomulang sabole.+
3 Bara ba Benjamine ba utloa hore bara ba Iseraele ba nyolohetse Mizpa.+
Joale bara ba Iseraele ba re: “Buang. Ntho ee e mpe e hlahile joang?”+ 4 Eaba monna eo, Molevi,+ monna oa mosali ea bolailoeng, oa araba ’me o re: “’Na le serethe sa ka,+ re ile ra fihla Gibea,+ ea Benjamine, hore re hlole bosiu teng. 5 Beng ba naha ba Gibea ba ntsohela matla ba pota-pota ntlo khahlanong le ’na bosiu. Ba ne ba lekantse ho mpolaea, empa ba ile ba beta serethe sa ka,+ ’me qetellong sa shoa.+ 6 Kahoo ka tšoara serethe sa ka ’me ka se poma likoto eaba ke se romela naheng e ’ngoe le e ’ngoe ea lefa la Iseraele,+ hobane ba ne ba entse boitšoaro bo hlephileng+ le booatla bo nyelisehang Iseraele.+ 7 Bonang! Lōna bohle bara ba Iseraele, fanang ka lentsoe le keletso+ ea lōna mona.”
8 Kahoo batho bohle ba ema joaloka motho a le mong,+ ba re: “Ha ho leha e le ofe oa rōna ea tla ea tenteng ea hae, kapa ea tla fapohela ntlong ea hae.+ 9 Joale ena ke ntho eo re tla e etsa Gibea. [A re e futuheleng] ka lotho.+ 10 Re tla nka banna ba leshome ho ba lekholo ba meloko eohle ea Iseraele, le ba lekholo ho ba sekete, le ba sekete ho ba likete tse leshome, ho fumanela batho mefaho, e le hore ba ka nka bohato ba ho futuhela Gibea ea Benjamine, ka lebaka la booatla+ bohle bo nyelisehang boo ba bo entseng Iseraele.” 11 Kahoo banna bohle ba Iseraele ba phutheha hore ba futuhele motse oo joaloka motho a le mong, joaloka ba entseng selekane.
12 Ka lebaka leo meloko ea Iseraele ea romela banna ho banna bohle ba moloko oa Benjamine,+ ea re: “Ntho ena e mpe e hlahileng har’a lōna ke eng?+ 13 Joale nehelanang ka banna+ bao, banna ba se nang molemo,+ ba Gibea,+ e le hore re ka ba bolaea,+ ’me re tlose se sebe Iseraele.”+ Bara ba Benjamine ha baa ka ba batla ho mamela lentsoe la barab’abo bona, bara ba Iseraele.+
14 Joale bara ba Benjamine ba qala ho bokana ho tsoa metseng ea Gibea ho ea loantša bara ba Iseraele. 15 Kahoo bara ba Benjamine ba khobokanngoa letsatsing leo ho tsoa metseng, banna ba likete tse mashome a mabeli a metso e tšeletseng ba tsomulang sabole,+ kantle le baahi ba Gibea, bao ho bona ho ileng ha khobokanngoa banna ba khethiloeng ba makholo a supileng. 16 Har’a batho bana bohle ho ne ho e-na le banna ba khethiloeng ba makholo a supileng ba leqele.+ E mong le e mong oa bona e ne e le ea tjeketjelang lejoe+ nthong e botenya ba moriri ’me o ne a sa fose.
17 Banna ba Iseraele ba khobokanngoa kantle le Benjamine, banna ba likete tse makholo a mane ba tsomulang sabole.+ E mong le e mong oa bana e ne e le monna oa ntoa. 18 Ba ema ba nyolohela Bethele ’me ba botsa Molimo.+ Joale bara ba Iseraele ba re: “Ke mang ho rōna ea tla etella pele ho loantša bara ba Benjamine?”+ Eaba Jehova o re: “Juda a etelle pele.”+
19 Ka mor’a moo bara ba Iseraele ba tsoha hoseng ’me ba hloma liahelo khahlanong le Gibea.
20 Joale bara ba Iseraele ba tsoa ho ea loantša Benjamine; ’me banna ba Iseraele ba etsa thekō ea ntoa khahlanong le bona Gibea. 21 Kahoo bara ba Benjamine ba tsoa Gibea+ ’me ba felisa banna ba Iseraele ba likete tse mashome a mabeli a metso e ’meli letsatsing leo.+ 22 Leha ho le joalo, batho bao, banna ba Iseraele, ba e-ba sebete eaba ba etsa thekō ea ntoa hape sebakeng seo ho sona ba neng ba entse thekō letsatsing la pele. 23 Joale bara ba Iseraele ba nyoloha ’me ba lla+ ka pel’a Jehova ho fihlela ka shoalane eaba ba botsa Jehova, ba re: “Na ke tla atamela hape ho loantša bara ba mor’eso Benjamine?”+ Eaba Jehova o re: “Mo futuhele.”
24 Ka lebaka leo bara ba Iseraele ba atamela bara ba Benjamine ka letsatsi la bobeli.+ 25 Benjamine le eena a tsoa Gibea ho ba khahlanyetsa ka letsatsi la bobeli ’me a felisa banna ba eketsehileng ba likete tse leshome le metso e robeli har’a bara ba Iseraele,+ bana bohle e le ba tsomulang sabole.+ 26 Eaba bara bohle ba Iseraele,+ esita le batho bohle, baa nyoloha ’me ba tla Bethele eaba baa lla+ ’me ba lula moo ka pel’a Jehova ba itima lijo+ letsatsing leo ho fihlela ka shoalane ’me ba nyehela linyehelo tsa secheso+ le linyehelo tse kopanetsoeng+ ka pel’a Jehova. 27 Ka mor’a moo bara ba Iseraele ba botsa Jehova,+ kaha areka ea selekane+ ea Molimo oa ’nete e ne e le moo matsatsing ao. 28 Joale Finease+ mora oa Eleazare, mora oa Arone, o ne a eme ka pel’a eona matsatsing ao,+ a re: “Na ke sa ntse ke tla ea hape ho loantša bara ba mor’eso Benjamine kapa ke tlohele?”+ Eaba Jehova o re: “Nyoloha, hobane hosasane ke tla nehelana ka eena letsohong la hao.”+ 29 Joale Baiseraele ba beha banna ba laletseng+ Gibea ba e pota-potile ka hohle.
30 Bara ba Iseraele ba futuhela bara ba Benjamine ka letsatsi la boraro, le ho etsa thekō khahlanong le Gibea joaloka makhetlong a mang.+ 31 Ha bara ba Benjamine ba tsoa ho khahlanyetsa batho bao, ba huleloa hōle le motse.+ Joale, joaloka makhetlong a mang, ba qala ho hlasela batho ba bang ba ba ntša maqeba a bolaeang litseleng tse khōlō, tseo e ’ngoe ea tsona e nyolohelang Bethele+ ’me e ’ngoe e eang Gibea,+ naheng, banna ba ka bang mashome a mararo Iseraele.+ 32 Kahoo bara ba Benjamine ba qala ho re: “Re ba hlōla joaloka pele.”+ Ha e le bara ba Iseraele, ba re: “A re baleheng,+ ’me ka sebele re tla ba hulela hōle le motse litseleng tse khōlō.” 33 Banna bohle ba Iseraele ba ema libakeng tsa bona ’me ba etsa thekō Baale-tamare, ha ba Iseraele ba laletseng+ ba ne ba hlasela ho tsoa libakeng tsa bona tikolohong ea Gibea.+ 34 Kahoo banna ba likete tse leshome ba khethiloeng Iseraele eohle ba tla ka pel’a Gibea, ’me ntoa e ne e le boima; Babenjamine ba ne ba sa tsebe hore tlokotsi+ e ne e ba atamela.
35 Jehova a hlōla Benjamine+ ka pel’a Iseraele, hoo bara ba Iseraele letsatsing leo ba ileng ba felisa banna ba likete tse mashome a mabeli a metso e mehlano ho Benjamine, bana bohle e le ba tsomulang sabole.+
36 Leha ho le joalo, bara ba Benjamine ba ne ba nahana hore banna ba Iseraele ba talimane le ho hlōloa ha ba ntse ba suthela+ Benjamine hobane ba ne ba tšepile bao ba neng ba ba behile hore ba lalle Gibea. 37 Ha e le ba laletseng, ba nka bohato kapele ’me ba potlakela Gibea.+ Joale ba laletseng+ ba hasana ’me ba hlasela motse oohle ka bohale ba sabole.+
38 Joale banna ba Iseraele ba ne ba entse tokisetso le ba laletseng hore ba etse hore pontšo ea mosi e nyolohe motseng.+
39 Ha bara ba Iseraele ba reteleha ntoeng, Benjamine a qala ho hlatha banna ba ka bang mashome a mararo har’a banna ba Iseraele+ a ba ntša maqeba a bolaeang, etsoe ba ne ba re: “Ntle ho pelaelo re ba hlōla feela joaloka ntoeng ea pele.”+ 40 Pontšo+ ea qala ho nyoloha motseng e le topallo ea mosi.+ Kahoo ha Benjamine a retelletsa sefahleho morao, bonang! motse oohle o ne o nyolohela nģ’a leholimong.+ 41 Banna ba Iseraele ba reteleha,+ ’me banna ba Benjamine ba ferekana,+ kaha ba ne ba bona hore tlokotsi e ba fihletse.+ 42 Kahoo ba reteleha ka pel’a banna ba Iseraele ka tsela ea lefeella, ’me ntoa ea ba latela haufi-ufi, ha banna ba tlohang metseng ba ntse ba ba felisa. 43 Ba teela Benjamine hare.+ Ba mo lelekisa ho se sebaka sa ho phomola.+ Ba mo hatakela fatše ka ho toba ka pel’a Gibea+ ka nģ’a bochaba-tsatsi. 44 Qetellong ha oa banna ba likete tse leshome le metso e robeli ba Benjamine, bana bohle e le banna ba sebete.+
45 Kahoo ba reteleha ’me ba balehela lefeelleng lefikeng la Rimone.+ Ba khoahlapisa banna ba likete tse hlano ba bona litseleng tse khōlō,+ ’me ba ’na ba ba latela haufi-ufi ho ea fihla Gidome kahoo ba bolaea banna ba eketsehileng ba likete tse peli ba bona. 46 Bohle ba Benjamine ba oeleng letsatsing leo qetellong ea e-ba banna ba likete tse mashome a mabeli a metso e mehlano ba tsomulang sabole,+ bana bohle e le banna ba sebete. 47 Empa banna ba makholo a tšeletseng ba reteleha ’me ba balehela lefeelleng lefikeng la Rimone, ’me ba tsoela pele ho lula lefikeng la Rimone+ ka likhoeli tse ’nè.
48 Banna ba Iseraele ba khutlela ho bara ba Benjamine ’me ba qala ho bolaea ba leng motseng ka bohale ba sabole, ho tloha ho batho ho ea ho liphoofolo tse ruuoang ho fihlela ho tsohle tse ileng tsa fumanoa.+ Hape, metse eohle e ileng ea fumanoa ba e chesa ka mollo.+
21 Joale banna ba Iseraele ba ne ba hlapantse Mizpa,+ ba re: “Ha ho motho oa rōna ea tla fana ka morali oa hae ho Babenjamine hore e be mosali.”+ 2 Ka lebaka leo batho ba tla Bethele+ ’me ba ’na ba lula moo ka pel’a Molimo oa ’nete+ ho fihlela ka shoalane eaba ba tsoela pele ho phahamisa mantsoe le ho lla haholo.+ 3 Ba ne ba re: “Jehova Molimo oa Iseraele, ke hobane’ng ha sena se etsahetse Iseraele, hore moloko o mong o haelle kajeno ho Iseraele?”+ 4 Eitse letsatsing le hlahlamang batho ba tsoha hoseng haholo ’me ba haha aletare moo ho nyehela linyehelo tsa secheso+ le linyehelo tse kopanetsoeng.+
5 Joale bara ba Iseraele ba re: “Ke mang melokong eohle ea Iseraele ea sa nyolohelang phuthehong ho Jehova, etsoe ho na le kano+ e khōlō e bileng teng mabapi le ea sa nyolohelang ho Jehova Mizpa, e reng, ‘Ruri a ke a bolaoe.’”+ 6 Bara ba Iseraele ba qala ho ikutloa ba soabile ka lebaka la mor’abo bona Benjamine. Kahoo ba re: “Kajeno moloko o mong o khaotsoe Iseraele. 7 Re tla etsa eng ho ba setseng mabapi le basali, kaha joale re hlapantse+ ka Jehova hore re se ke ra ba fa barali leha e le bafe ba rōna hore e be basali+ ba bona?”
8 Ba tsoela pele ho re: “Ke mang melokong ea Iseraele ea sa kang a nyolohela ho Jehova Mizpa?”+ Bonang! Ho ne ho se le ea mong ea ileng a tla liahelong ho tsoa Jabeshe-gileade+ ho ea phuthehong. 9 Ha batho ba baloa, bonang! ho ne ho se motho moo ea tsoang ho baahi ba Jabeshe-gileade. 10 Kahoo phutheho ea romela ba likete tse leshome le metso e ’meli ba banna ba sebete ka ho fetisisa moo ’me ea ba laela, ea re: “E-eang, ’me le bolaee baahi ba Jabeshe-gileade ka bohale ba sabole, esita le basali le bana ba banyenyane.+ 11 Ena ke ntho eo le lokelang ho e etsa: E mong le e mong e motona le mosali e mong le e mong ea kileng a robala le e motona le lokela ho mo nehela timetso.”+ 12 Leha ho le joalo, ba fumana banana ba makholo a mane, baroetsana,+ ho baahi ba Jabeshe-gileade+ ba neng ba sa ka ba kopanela liphate le monna ka ho robala le e motona. Kahoo ba ba tlisa liahelong Shilo,+ e naheng ea Kanana.
13 Joale phutheho eohle ea romeletsa ’me ea bua le bara ba Benjamine ba neng ba le lefikeng la Rimone+ ea kōpa hore ba bōpe khotso. 14 Ka lebaka leo Benjamine a khutla ka nako eo. Joale ba ba fa basali bao ba neng ba ba bolokile ba phela ho tsoa ho basali ba Jabeshe-gileade;+ empa ha baa ka ba fumana ba ba lekaneng.+ 15 Batho ba ikutloa ba soabile ka lebaka la Benjamine+ hobane Jehova o ne a entse lekhalo pakeng tsa meloko ea Iseraele. 16 Ka lebaka leo banna ba baholo ba phutheho ba re: “Re tla etsa eng ka banna ba setseng mabapi le basali, etsoe basali ba felisitsoe ho Benjamine?” 17 Joale ba re: “Ho lokela hore ho be le letlotlo bakeng sa ba phonyohileng ba Benjamine,+ e le hore moloko o se ke oa felisoa Iseraele. 18 Ha e le rōna, ha rea lumelloa ho ba fa basali ho barali ba rōna, hobane bara ba Iseraele ba hlapantse, ba re, ‘Ho rohakoe ea fanang ka mosali ho Benjamine.’”+
19 Qetellong ba re: “Bonang! Ho na le mokete oa Jehova selemo le selemo Shilo,+ e ka leboea ho Bethele, ka nģ’a bochabela ho tsela e khōlō e nyolohang Bethele ho ea Shikeme+ le ka nģ’a boroa ho Lebona.” 20 Kahoo ba laela bara ba Benjamine, ba re: “E-eang, ’me le lalle lirapeng tsa morara. 21 Le talime, ’me joale, ha barali ba Shilo ba tsoa ho ea tjeka+ ka metjeko ea ho potoloha, le lōna le tsoe lirapeng tsa morara ’me e mong le e mong a inkele ka likhoka mosali oa hae ho barali ba Shilo, ’me le ee naheng ea Benjamine. 22 Etlare ha bo-ntat’a bona kapa barab’abo bona ba tlil’o tsamaisa nyeoe khahlanong le rōna, ka sebele le rōna re tla re ho bona, ‘Re etsetseng molemo ka lebaka la bona, hobane ha rea nkela e mong le e mong mosali oa hae ka ntoa,+ etsoe hase lōna ba ba fileng bona nakong eo le neng le tla ba molato.’”+
23 Ka lebaka leo bara ba Benjamine ba etsa feela ka tsela eo, ’me ba nka basali ba lekaneng palo+ ea bona ho basali ba tjekang,+ bao ba neng ba ba hloibitse; ka mor’a moo ba tsamaea ’me ba khutlela lefeng la bona eaba ba haha metse+ ba lula ho eona.
24 Bara ba Iseraele ba qala ho qhalakana ba tloha moo ka nako eo, e mong le e mong a ea molokong oa hae le lelapeng la hae; ba tloha moo, e mong le e mong a ea lefeng la hae.+
25 Matsatsing ao ho ne ho se na morena Iseraele.+ E mong le e mong o ne a tloaetse ho etsa se nepahetseng mahlong a hae.+