Ea Bobeli ea Likronike
1 Solomone mora oa Davida a tsoela pele ho matlafala boreneng+ ba hae, ’me Jehova Molimo oa hae o ne a e-na le eena+ ’me a ’na a mo etsa hore a be moholo ka mokhoa o fetisisang.+
2 Solomone a laela Baiseraele bohle, balaoli ba ba likete+ le ba ba makholo+ le baahloli+ le marenana ’ohle a Baiseraele bohle,+ lihlooho tsa malapa a habo ntat’a bona.+ 3 Joale Solomone hammoho le phutheho eohle ba nyolohela sebakeng se phahameng se neng se le Gibeone;+ etsoe ke hona moo tente ea pokano+ ea Molimo oa ’nete, eo Moshe mohlanka+ oa Jehova a neng a e entse lefeelleng, e neng e le teng. 4 Leha ho le joalo, Davida o ne a nyolotse areka+ ea Molimo oa ’nete Kiriathe-jearime+ ho e isa sebakeng seo Davida a neng a e lokiselitse sona,+ etsoe o ne a e hlometse tente Jerusalema.+ 5 Aletare+ ea koporo eo Bezalele+ mora oa Uri mora oa Hure+ a neng a e entse e ne e behiloe ka pel’a tabernakele ea Jehova; Solomone le phutheho ba ne ba botsa ho eona joalokaha e le tloaelo. 6 Joale Solomone a etsa linyehelo moo ka pel’a Jehova holim ’a aletare ea koporo ea tente ea pokano, ’me a nyehela holim ’a eona linyehelo tsa secheso tse sekete.+
7 Bosiung bona boo Molimo a hlaha ho Solomone ’me a re ho eena: “Kōpa! Ke u fe eng?”+ 8 Eaba Solomone o re ho Molimo: “Ke uena Ea bontšitseng mosa o lerato o moholo ho Ntate+ Davida le ea nkentseng morena sebakeng sa hae.+ 9 Joale, Jehova Molimo, tšepiso ea hao ho Ntate Davida e ke e tšepahale,+ etsoe u nkentse morena+ oa batho ba bangata joaloka lerōle la lefatše.+ 10 Joale mphe bohlale le tsebo+ e le hore nka tsoa ka pel’a sechaba sena le hore nka kena,+ etsoe ke mang ea ka ahlolang sechaba see sa hao se seholo?”+
11 Joale Molimo a re ho Solomone: “Ka lebaka la hore sena e ile ea e-ba takatso ea pelo+ ea hao ’me ha ua kōpa moeno, maruo le tlhompho kapa meea ea ba u hloileng, leha e le ho kōpa matsatsi a mangata,+ empa u ikōpela bohlale le tsebo e le hore u ka ahlola sechaba sa ka seo ke u entseng morena+ oa sona, 12 u fuoa bohlale le tsebo;+ hape ke tla u fa moeno le maruo le tlhompho tseo ho seng marena a bileng teng pele a kileng a e-ba le tsona,+ le tseo ho seng le ea mong ea tlang ho ba le tsona ka mor’a hao.”+
13 Kahoo Solomone a tloha sebakeng se phahameng se neng se le Gibeone,+ ka pel’a tente ea pokano,+ a ea Jerusalema ’me a tsoela pele ho busa Iseraele.+ 14 Solomone a ’na a bokella likoloi le lipere tsa ntoa hoo a ileng a ba le likoloi tse sekete le makholo a mane le lipere tsa ntoa tse likete tse leshome le metso e ’meli,+ ’me a ’na a li beha metseng+ ea likoloi le haufi le morena Jerusalema. 15 Morena a etsa hore silevera le khauta e Jerusalema e be joaloka majoe;+ a etsa hore lehong la kedare le be lengata haholo joaloka lifate+ tsa sikamora tse Shefela.+ 16 Ho ne ho e-na le lipere tseo Solomone a neng a li romeletsoe li tsoa Egepeta,+ ’me sehlopha sa bahoebi ba morena se ne se nka mohlape oa lipere ka tefello.+ 17 Kamoo e neng e le tloaelo ba ne ba lata le ho romela koloi e tsoang Egepeta bakeng sa likotoana tsa silevera tse makholo a tšeletseng le pere bakeng sa tse lekholo le mashome a mahlano; ke tsela eo ho neng ho le ka eona bakeng sa marena ’ohle a Bahethe le marena a Syria.+ A ne a romela thepa ka sona.
2 Joale Solomone a fana ka taelo ea hore ho haheloe lebitso+ la Jehova ntlo+ le ntlo bakeng sa borena ba hae.+ 2 Ka lebaka leo Solomone a bala banna ba likete tse mashome a supileng e le bajari ba meroalo le banna ba likete tse mashome a robeli e le ba betlang majoe thabeng,+ le ba likete tse tharo le makholo a tšeletseng e le balebeli ba bona.+ 3 Ho ekelletsa moo, Solomone a romeletsa ho Hirame+ morena oa Tyre, a re: “Feela joalokaha u ile ua sebetsana le Ntate Davida+ ’me ua ’na ua mo romela lehong la kedare hore a ikahele ntlo eo a ka lulang ho eona,— 4 bona! ke hahela+ lebitso+ la Jehova Molimo oa ka ntlo ho e halaletsa+ ho eena, ho chesa libano+ tse nkhang hamonate ka pel’a hae, ka bohobe+ bo kolohantsoeng ba kamehla le linyehelo tsa secheso hoseng le ka shoalane,+ ka lisabatha+ le ka likhoeli tse thoasitseng+ le ka linako+ tsa mokete tsa Jehova Molimo oa rōna. Sena se tla ba holim ’a Iseraele ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ 5 Ntlo eo ke e hahang e tla ba khōlō,+ etsoe Molimo oa rōna o moholo ho feta melimo e meng kaofela.+ 6 Ke mang ea ka bang le matla a ho mo hahela ntlo?+ Etsoe maholimo le leholimo la maholimo a ke ke a mo lekana,+ ’me ’na ke mang+ hore ke mo hahele ntlo haese hore ke etse mosi oa sehlabelo ka pel’a hae?+ 7 Joale nthomelle monna ea nang le tsebo ea ho sebetsa ka khauta le ka silevera le ka koporo+ le ka tšepe le ka boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu le krimsone le tšoele e putsoa, le ea tsebang ho betla mengolo e fatiloeng, hammoho le ba nang le tsebo ba nang le ’na Juda le Jerusalema, bao Ntate Davida a ba lokisitseng.+ 8 U nthomelle lifate tsa kedare,+ junipere+ le algame+ tse tsoang Lebanone,+ etsoe ke tseba hantle hore bahlanka ba hao ba na le phihlelo ea ho rema lifate tsa Lebanone,+ (bona! bahlanka ba ka ba ’moho le bahlanka ba hao,) 9 bakeng sa ho ntokisetsa lifate tse ngata, kaha ntlo eo ke e hahang e tla ba khōlō, e, ka tsela e hlollang. 10 Bona! ba roallang patsi, ba remang lifate, ke ba fa koro hore e be lijo tsa bahlanka ba hao, likore tse likete tse mashome a mabeli,+ le likore tse likete tse mashome a mabeli tsa harese, le libate tse likete tse mashome a mabeli tsa veine,+ le libate tse likete tse mashome a mabeli tsa oli.”
11 Eaba Hirame morena oa Tyre+ o fana ka taelo ka lengolo ’me o e romela ho Solomone: “Kahobane Jehova o ratile+ batho ba hae o u entse morena oa bona.”+ 12 Hirame a tsoela pele ho re: “Ho bokoe Jehova Molimo oa Iseraele,+ ea entseng maholimo le lefatše,+ hobane o file Morena Davida mora ea bohlale, ea nang le phihlelo ka masene le kutloisiso,+ ea tla hahela Jehova ntlo le ntlo bakeng sa borena ba hae.+ 13 Joale ke romela monna ea nang le tsebo, ea nang le phihlelo kutloisisong, oa Hirame-abi,+14 mora oa mosali oa bara ba Dane empa eo ntat’ae e neng e le monna oa Tyre, ea nang le phihlelo, hore a sebetse ka khauta le ka silevera, ka koporo,+ ka tšepe, ka majoe+ le ka lifate, ka boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu,+ ka tšoele+ e putsoa le ka lesela la boleng bo botle+ le ka krimsone+ le ea ho betla mongolo o fatiloeng+ oa mofuta o mong le o mong le ea ho qapa sesebelisoa+ seo a ka se fuoang sa mofuta o mong le o mong hammoho le banna ba hao ba nang le tsebo le banna ba nang le tsebo ba moren ’a ka Davida ntat’ao. 15 Joale koro le harese, oli le veine tseo moren ’a ka a li tšepisitseng, a ke a li romele ho bahlanka ba hae.+ 16 Ha e le rōna, re tla rema lifate+ Lebanone ho ea ka sohle seo u se hlokang,+ ’me re tla li tlisa ho uena Jopa+ ka leoatle+ e le likoqo tse matahantsoeng, ’me u tla li nyollela Jerusalema.”
17 Joale Solomone a bala banna bohle bao e neng e le bajaki, ba neng ba le naheng ea Iseraele,+ ka mor’a hore ntat’ae Davida a ba bale;+ ha fumanoa ba likete tse lekholo le mashome a mahlano a metso e meraro le makholo a tšeletseng. 18 Kahoo a etsa ba likete tse mashome a supileng ho bona bajari+ ba meroalo ’me ba likete tse mashome a robeli a ba etsa ba betlang+ majoe thabeng ’me ba likete tse tharo le makholo a tšeletseng a ba etsa balebeli bakeng sa ho boloka batho tšebeletsong.+
3 Qetellong Solomone a qala ho haha ntlo ea Jehova+ Jerusalema Thabeng ea Moria,+ moo [Jehova] a neng a ile a hlaha ho ntat’ae Davida,+ sebakeng seo Davida a neng a se lokisitse seotlong sa Ornane+ Mojebuse. 2 Ka lebaka leo a qala ho haha ka khoeli ea bobeli ka letsatsi la bobeli, ka selemo sa bone sa puso ea hae.+ 3 Solomone a beha lintho tsena e le motheo bakeng sa ho haha ntlo ea Molimo oa ’nete, bolelele ka litsoe ho ea ka tekanyo ea pele e le litsoe tse mashome a tšeletseng, ’me bophara e le litsoe tse mashome a mabeli.+ 4 Mathule+ a neng a le ka pel’a bolelele e ne e le litsoe tse mashome a mabeli ka pel’a bophara ba ntlo, ’me bophahamo ba ’ona e ne e le tse lekholo le mashome a mabeli; a e koahela ka khauta e hloekileng ka hare. 5 Ntlo+ e khōlō a e koahela ka lehong la junipere, ka mor’a moo a e koahela ka khauta+ e ntle, joale a nyollela holim ’a eona litšoantšo tsa sefate sa palema+ le liketane.+ 6 Ho ekelletsa moo, a koahela ntlo ka lejoe la bohlokoa bakeng sa botle;+ khauta+ eo e ne e le khauta e tsoang naheng ea khauta. 7 A tsoela pele ho koahela ntlo, maballo, menyako le mabota a eona le mamati a eona ka khauta;+ a fata litšoantšo tsa likerubime maboteng.+
8 A etsa ntlo ea Sehalalelisiso,+ bolelele ba eona ha bo bapisoa le bophara ba ntlo e le litsoe tse mashome a mabeli, ’me bophara ba eona e le litsoe tse mashome a mabeli;+ a ntan’o e koahela ka khauta e ntle e etsang litalenta tse makholo a tšeletseng. 9 Boima ba lipekere+ e ne e le lishekele tsa khauta tse mashome a mahlano; a koahela likamore tse marulelong ka khauta.
10 Joale ka tlung ea Sehalalelisiso a etsa litšoantšo tsa likerubime+ tse peli, ’me a li koahela ka khauta.+ 11 Ha e le mapheo a likerubime,+ bolelele ba ’ona e ne e le litsoe tse mashome a mabeli, lepheo le leng la litsoe tse hlano le fihla leboteng la ntlo, ’me lepheo le leng la litsoe tse hlano le fihla lepheong la kerubime e ’ngoe.+ 12 Lepheo la kerubime e ’ngoe la litsoe tse hlano le ne le fihla leboteng la ntlo, ’me lepheo le leng la litsoe tse hlano le ne le thetsa lepheo la kerubime e ’ngoe.+ 13 Mapheo a likerubime tsena a ne a phukaletse ka litsoe tse mashome a mabeli; li ne li eme ka maoto lifahleho tsa tsona li talimile ka hare.
14 Ho ekelletsa moo, a etsa lesira+ la tšoele+ e putsoa le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu le krimsone le lesela la boleng bo botle, ’me a le khabisa ka likerubime.+
15 Joale a etsa litšiea tse peli ka pel’a ntlo,+ tse bolelele ba litsoe tse mashome a mararo a metso e mehlano, ’me hlooho+ e neng e le ka holim ’a e ’ngoe le e ’ngoe e ne e le litsoe tse hlano. 16 Ho ekelletsa moo, a etsa liketane+ tse kang sefaha ’me a li beha ka holim ’a litšiea, ’me a etsa likharenate+ tse lekholo eaba o li beha holim ’a liketane. 17 A hloma litšiea ka pel’a tempele, e ’ngoe e le ka ho le letona ’me e ’ngoe e le ka ho le letšehali, ka mor’a moo e ka letsohong le letona a e reha lebitso la Jakine ’me e ka letsohong le letšehali a e reha lebitso la Boaze.+
4 Joale a etsa aletare+ ea koporo, bolelele ba eona e le litsoe tse mashome a mabeli, ’me bophara ba eona e le litsoe tse mashome a mabeli, ’me bophahamo ba eona e le litsoe tse leshome.+
2 A etsa leoatle+ le entsoeng ka ho qhibilihisoa le e-na le litsoe tse leshome ho tloha molomong o mong oa lona ho ea ho o mong, le le chitja ka hohle, ’me bophahamo ba lona e ne e le litsoe tse hlano, ’me ho ne ho hlokahala khoele ea litsoe tse mashome a mararo ho le pota-pota ka hohle.+ 3 Ho ne ho e-na le mekhabiso e bōpehileng joaloka leraka+ ka tlas’a lona ka hohle, e le lika-likelitse, e leshome setsoeng, e pota-potile leoatle ka hohle.+ Mekhabiso e bōpehileng joaloka leraka e ne e entse mela e ’meli, e foromeletsoeng ho lona. 4 Le ne le eme holim ’a lipoho tse leshome le metso e ’meli,+ tse tharo li shebile leboea ’me tse tharo li shebile bophirimela ’me tse tharo li shebile boroa ’me tse tharo li shebile bochabela; leoatle le ne le le ka holim ’a tsona, ’me likarolo tsohle tsa tsona tse ka morao li ne li lebile ka hare.+ 5 Botenya ba lona e ne e le bophara ba seatla; molomo oa lona o ne o tšoana le moetso oa molomo oa senoelo, thunthung ea khahla.+ E le ntho eo ho tšeloang ho eona, le ne le ka tšela litekanyo tsa bate+ tse likete tse tharo.+
6 Ho ekelletsa moo, a etsa libeisine tse leshome, ’me a beha tse hlano ka ho le letona le tse hlano ka ho le letšehali,+ hore a hlatsoetse ka ho tsona.+ Ba ne ba hlatsoetsa lintho tse amanang le nyehelo ea secheso+ ka ho tsona. Empa leoatle le ne le etselitsoe hore baprista ba hlapele ka ho lona.+
7 Joale a etsa liluloana tsa mabone+ tsa khauta, tse leshome li ne li e-na le polane+ e tšoanang, ’me a li beha ka tempeleng, tse hlano ka ho le letona le tse hlano ka ho le letšehali.+
8 Ho ekelletsa moo, a etsa litafole tse leshome, ’me a li beha ka tempeleng, tse hlano ka ho le letona le tse hlano ka ho le letšehali,+ a etsa le likotlolo tsa khauta tse lekholo.
9 Joale a etsa lebala+ la baprista+ le seotloana+ se seholo le mamati a seotloana, ’me mamati a tsona a a koahela ka koporo. 10 A beha leoatle ka lehlakoreng le letona, ka bochabela, ho ea ka boroa.+
11 Qetellong Hirame a etsa maleke+ le likharafu+ le likotlolo.+
Kahoo Hirame a phetha mosebetsi oo a ileng a o etsetsa Morena Solomone ntlong ea Molimo oa ’nete. 12 Litšiea+ tse peli le lihlooho+ tse chitja tse neng li le ka holim ’a litšiea tse peli le matanta+ a mabeli ho koahela lihlooho tse peli tse chitja tse neng li le ka holim ’a litšiea 13 le likharenate+ tse makholo a mane bakeng sa matanta a mabeli, mela e ’meli ea likharenate bakeng sa letanta ka leng ho koahela lihlooho tse peli tse chitja tse neng li le ka holim ’a litšiea,+ 14 le likariki+ tse leshome le libeisine+ tse leshome tse holim ’a likariki; 15 leoatle+ le le leng le lipoho tse leshome le metso e ’meli tse tlas’a lona,+ 16 le maleke le likharafu+ le lifereko+ le lisebelisoa+ tsohle tsa bona tseo Hirame-abive+ a ileng a li etsetsa Morena Solomone bakeng sa ntlo ea Jehova, e le tsa koporo e bentšitsoeng. 17 Morena a li etsa ka mobu o teteaneng Seterekeng sa Jordane pakeng tsa Sukothe+ le Zereda.+ 18 Kahoo Solomone a etsa lisebelisoa tsena tsohle ka bongata bo boholo, etsoe boima ba koporo ha boa ka ba fumanoa hantle.+
19 Solomone a etsa lisebelisoa+ tsohle tse neng li le ntlong ea Molimo oa ’nete le aletare+ ea khauta le litafole+ tseo ho behoang bohobe ba pontšo holim ’a tsona, 20 le liluloana tsa mabone+ le mabone+ a tsona a khauta e hloekileng, hore a khantšoe ka pel’a kamore e ka hare-hare+ ho ea ka molao; 21 le lithunthung le mabone le matlao,+ ka khauta, (e ne e le khauta e hloekileng ka ho fetisisa,) 22 le litima-lebone le likotlolo le linoelo le lipane tsa mollo, ka khauta e hloekileng,+ le monyako oa ntlo,+ mamati a eona a ka hare bakeng sa Sehalalelisiso le mamati+ a ntlo ea tempele, ka khauta.
5 Qetellong mosebetsi oohle oo Solomone a neng a lokela ho o etsetsa ntlo ea Jehova o ne o phethiloe,+ ’me Solomone a qala ho kenya lintho tse halalelitsoeng ke ntat’ae Davida;+ a kenya silevera le khauta le lisebelisoa tsohle matlotlong a ntlo ea Molimo oa ’nete.+ 2 Joale Solomone a bokellela Jerusalema banna ba baholo ba Iseraele+ le lihlooho tsohle tsa meloko,+ marenana a malapa a habo ntat’a bona+ a bara ba Iseraele, ho nyolla+ areka+ ea selekane sa Jehova Motseng oa Davida,+ ke ho re, Sione.+ 3 Kahoo banna bohle ba Iseraele ba phuthehela ho morena moketeng oa khoeli ea bosupa.+
4 Kahoo banna bohle ba baholo ba Iseraele ba tla,+ ’me Balevi ba qala ho jara Areka.+ 5 Ba nyolla Areka+ le tente ea pokano+ le lisebelisoa+ tsohle tse halalelang tse neng li le ka tenteng. Baprista le Balevi ba li nyolla.+ 6 Morena Solomone le phutheho eohle ea Baiseraele ba neng ba boloka taetsano ea bona le eena ka pel’a Areka ba ne ba etsa sehlabelo+ ka linku le likhomo tse neng li ke ke tsa baloa kapa tsa lekanngoa ka bongata. 7 Joale baprista ba kenya areka ea selekane sa Jehova sebakeng sa eona, ka kamoreng e ka hare-hare+ ea ntlo, ka Sehalalelisisong,+ ka tlas’a mapheo a likerubime.+ 8 Kahoo likerubime li ne li lutse li phukalalitse mapheo ka holim ’a sebaka sa Areka, hoo likerubime li neng li koahetse Areka le lipalo+ tsa eona ka holimo.+ 9 Empa lipalo li ne li le telele, hoo lintlha tsa lipalo tseo li neng li bonahala Sehalalelong ka pel’a kamore e ka hare-hare, empa li ne li sa bonahale ka ntle, ’me li ntse li le moo ho fihlela letsatsing lena.+ 10 Ho ne ho se na letho ka Arekeng haese matlapa+ a mabeli ao Moshe a neng a fane ka ’ona Horebe,+ ha Jehova a ne a etsa selekane+ le bara ba Iseraele ha ba ne ba tsoa Egepeta.+
11 Eitse ha baprista ba tsoa sebakeng se halalelang (etsoe baprista bohle ba neng ba ka fumanoa ba ne ba ikhalalelitse+—ho ne ho sa hlokahale hore ho bolokoe lihlopha);+ 12 le Balevi+ bao e neng e le libini tsa bona kaofela, ke hore, tsa Asafe,+ tsa Hemane,+ tsa Jeduthune+ le tsa bara ba bona le tsa barab’abo bona ba apereng lesela la boleng bo botle ba tšoere licymbala+ le liletsa tse likhoele+ le liharepa,+ ba eme ka bochabela ho aletare ’me ba e-na le baprista ba lekholo le mashome a mabeli ba letsang literompeta;+ 13 eitse hang ha liletsi tsa literompeta le libini li le joaloka motho a le mong+ ka ho etsa hore molumo o le mong o rorisang le ho leboha Jehova o utloahale, le hang ha li phahamisitse molumo ka literompeta le licymbala le ka liletsa tsa pina+ le ka ho rorisa+ Jehova, “etsoe o molemo,+ kaha mosa oa hae o lerato+ o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang,” ntlo ea tlala leru,+ ntlo ea Jehova,+ 14 ’me baprista ba ne ba sa khone ho ema hore ba sebeletse ka lebaka la leru;+ etsoe khanya+ ea Jehova e ne e tletse ntlo ea Molimo oa ’nete.
6 Joale Solomone a re:+ “Jehova o itse o ne a tla lula botšong bo boholo;+ 2 ke u hahetse ntlo ea bolulo bo phahameng+ le sebaka se tiisitsoeng hore u lule ho sona ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”+
3 Joale morena a reteletsa sefahleho ’me a qala ho hlohonolofatsa+ phutheho eohle ea Iseraele, ha phutheho eohle ea Iseraele e ntse e eme.+ 4 A tsoela pele ho re: “Ho bokoe Jehova Molimo oa Iseraele,+ ea buileng ka molomo oa hae le Ntate+ Davida ’me ka matsoho a hae a fana ka phethahatso,+ a re, 5 ‘Ho tloha letsatsing la ha ke ntša sechaba sa ka naheng ea Egepeta ha kea ka ka khetha motse melokong eohle ea Iseraele bakeng sa ho hahela lebitso+ la ka ntlo hore le be moo, ’me ha kea ka ka khetha motho hore e be moeta-pele oa sechaba sa ka sa Iseraele.+ 6 Empa ke tla khetha Jerusalema+ hore lebitso la ka le be moo, ’me ke tla khetha Davida hore a okamele sechaba sa ka sa Iseraele.’+ 7 E ile ea e-ba takatso ea pelo ea Ntate Davida ho hahela lebitso la Jehova Molimo oa Iseraele ntlo.+ 8 Empa Jehova a re ho Ntate Davida, ‘Ka lebaka la hore e bile takatso ea pelo ea hao ho hahela lebitso la ka ntlo, u entse hantle, hobane e bile takatso ea pelo ea hao.+ 9 Feela u ke ke ua haha ntlo eo,+ empa mora oa hao ea tsoang lethekeng la hao ke eena ea tla hahela lebitso la ka ntlo.’+ 10 Jehova o phethile lentsoe+ leo a neng a le buile, e le hore nka ema sebakeng sa Ntate+ Davida le ho lula teroneng+ ea Iseraele, feela joalokaha Jehova a ne a buile,+ le hore nka hahela lebitso la Jehova Molimo oa Iseraele ntlo,+ 11 le hore nka beha Areka+ moo, moo selekane sa Jehova se leng teng seo a se hlabileng le bara ba Iseraele.”+
12 A qala ho ema ka pel’a aletare ea Jehova ka pel’a phutheho eohle ea Iseraele,+ joale a otlolla liatla tsa hae.+ 13 (Etsoe Solomone o ne a entse sethala+ sa koporo ’me joale a se behile bohareng ba seotloana.+ Bolelele ba sona e ne e le litsoe tse hlano, ’me bophara ba sona e le litsoe tse hlano, ’me bophahamo ba sona e le litsoe tse tharo; a ’na a ema holim ’a sona.) A khumama+ ka mangole ka pel’a phutheho eohle ea Iseraele ’me a otlollela liatla tsa hae maholimong.+ 14 A tsoela pele ho re: “Jehova Molimo oa Iseraele,+ ha ho na Molimo ea tšoanang le uena+ maholimong kapa lefatšeng, ea bolokang selekane+ le mosa o lerato ho bahlanka ba hao ba tsamaeang ka pel’a hao ka lipelo tsohle tsa bona;+ 15 uena ea bolokileng ho mohlanka oa hao Davida Ntate seo u ileng ua mo tšepisa sona,+ hoo u ileng ua etsa tšepiso ka molomo oa hao, ’me u e phethahalitse ka letsoho la hao joaloka letsatsing lena.+ 16 Joale, Jehova Molimo oa Iseraele, boloka ho mohlanka oa hao Davida Ntate seo u ileng ua mo tšepisa sona, ua re, ‘Ha ho motho oa hao ea tla tlosoa ka pel’a ka hore a se ke a lula teroneng ea Iseraele,+ haeba feela bara+ ba hao ba tla hlokomela tsela ea bona ka ho tsamaea molaong+ oa ka, feela joalokaha u tsamaile ka pel’a ka.’+ 17 Joale, Jehova Molimo oa Iseraele,+ tšepiso+ ea hao eo u e tšepisitseng mohlanka oa hao Davida e ke e be e tšepahalang.+
18 “Empa na kannete Molimo o tla lula lefatšeng+ le moloko oa batho? Bona! Leholimo, e, leholimo la maholimo, le ke ke la u lekana;+ joale, ntlo ee eo ke e hahileng e nyenyane hakaakang!+ 19 U retelehele thapelong ea mohlanka+ oa hao le kōpong ea hae ea mohau,+ Jehova Molimo oa ka, ka ho mamela mohoo+ oa kōpo e tiileng le thapelo eo mohlanka oa hao a e rapelang ka pel’a hao,+ 20 e le hore mahlo a hao a ka tutubolohela+ ntlong ena bosiu le motšehare, sebakeng seo u itseng u tla beha lebitso+ la hao ho sona, ka ho mamela thapelo eo ka eona mohlanka oa hao a rapelang sebakeng sena.+ 21 U mamele likōpo tse tiileng tsa mohlanka+ oa hao le tsa sechaba sa hao sa Iseraele ha se rapela sebakeng sena,+ e le hore u ka utloa u le sebakeng sa hao sa bolulo, u le maholimong;+ u utloe ’me u tšoarele.+
22 “Haeba motho a siteloa oa habo+ ’me a mo rohaka hore a mo tlise tlas’a thohako,+ ’me a tla ka pel’a aletare ea hao ka tlung ena a ntse a rohakiloe,+ 23 joale e se eka u ka utloa u le maholimong,+ ’me u nke bohato+ ’me u ahlole bahlanka ba hao e le hore u buseletse ea khopo ka ho beha tsela ea hae hloohong+ ea hae le ka ho phatlalatsa hore ea lokileng o lokile+ ka ho mo fa ho ea ka ho loka ha hae.+
24 “Haeba sechaba sa hao sa Iseraele se hlōloa ka pel’a sera+ kahobane se ’nile sa u siteloa,+ ’me ka sebele se khutla+ ’me se roka lebitso+ la hao le ho rapela+ ’me se kōpa mohau ka pel’a hao ka tlung ena,+ 25 joale e se eka u ka utloa u le maholimong,+ ’me u tšoarele+ sebe sa sechaba sa hao sa Iseraele u se khutlisetse+ naheng eo u e fileng sona le baholo-holo ba sona.+
26 “Ha maholimo a koetsoe hoo pula e sa neng+ kahobane ba ’nile ba u siteloa,+ ’me ba rapela sebakeng+ sena le ho roka lebitso la hao ’me ba furalla sebe sa bona kahobane u ’nile ua ba hlorisa,+ 27 joale e se eka u ka utloa u le maholimong, ’me u tšoarele sebe sa bahlanka ba hao, esita le sa sechaba sa hao sa Iseraele, hobane u se rupela+ mabapi le tsela+ e molemo eo se lokelang ho tsamaea ka eona; u fane ka pula+ naheng ea hao eo u e fileng sechaba sa hao e le lefa.+
28 “Haeba ho e-ba le tlala+ naheng, haeba ho e-ba le lefu la seoa,+ haeba ho e-ba le komello+ le phori,+ litsie+ le maphele+ a e-ba teng; haeba lira+ tsa bona li ba lika-liketsa naheng ea liheke+ tsa bona—kotlo ea mofuta leha e le ofe le lefu+ la mofuta leha e le ofe— 29 thapelo+ leha e le efe, kōpo leha e le efe ea mohau+ e ka etsoang ke motho leha e le ofe kapa sechaba sohle sa hao sa Iseraele,+ kahobane e mong le e mong o tseba lefu+ la hae le bohloko ba hae; ha a otlollela liatla ntlong ena,+ 30 joale e se eka u ka utloa u le maholimong, sebaka sa bolulo+ ba hao, ’me u tšoarele+ ’me u fe e mong le e mong ho ea ka litsela+ tsohle tsa hae, hobane u tseba pelo+ ea hae (etsoe ke uena feela ea tsebang lipelo tsa bara ba moloko oa batho hantle);+ 31 e le hore ba ka u tšaba+ ka ho tsamaea litseleng tsa hao ka matsatsi ’ohle ao ba phelang ka ’ona naheng eo u e fileng baholo-holo ba rōna.+
32 “Hape le ho osele eo e seng karolo ea sechaba sa hao sa Iseraele+ le ea tsoang naheng e hōle ka lebaka la lebitso+ la hao le leholo le letsoho+ la hao le matla le letsoho la hao le otlolohileng,+ ’me ba tla ’me ba rapela ntlong ena,+ 33 joale e se eka u ka mamela u le maholimong, sebaka sa hao sa bolulo+ se tiisitsoeng, ’me u etse ho ea ka sohle seo osele a hoeletsang ho uena ka sona;+ e le hore lichaba tsohle tsa lefatše li ka tseba lebitso+ la hao ’me tsa u tšaba+ joalokaha sechaba sa hao sa Iseraele se u tšaba, ’me tsa tseba hore lebitso la hao le ’nile la bitsoa ntlong ena eo ke e hahileng.+
34 “Haeba batho ba hao ba tsoa ho ea loantša+ lira tsa bona ka tsela eo u ba romelang+ ka eona, ’me ka sebele ba u rapela+ ba lebile motseng ona oo u o khethileng le ntlong eo ke e hahetseng lebitso la hao,+ 35 ka ho tšoanang u utloe thapelo ea bona u le maholimong le kōpo ea bona ea mohau,+ ’me u phethise kahlolo bakeng sa bona.+
36 “Haeba ba u siteloa+ (etsoe ha ho na motho ea sa etseng sebe),+ ’me eba u lokela ho ba tukela ka bohale le ho ba tlohella sera, ’me baholehi ba bona ba ba isa kholehong naheng e hōle kapa e haufi;+ 37 ’me ba hlaphoheloa kelellong naheng eo ba isitsoeng kholehong ho eona, ba khutla ’me ba etsa kōpo ea mohau ho uena naheng eo ho eona e leng baholehuoa,+ ba re, ‘Re entse sebe,+ re fositse+ ’me re entse bokhopo’;+ 38 ’me ba khutlela ho uena ka lipelo+ tsohle tsa bona le ka moea oohle oa bona naheng eo ho eona e leng baholehuoa+ ba ba ba isitseng kholehong, ’me ka sebele ba rapela ba lebile naheng ea bona eo u e fileng baholo-holo ba bona le motse oo u o khethileng+ le ntlo eo ke e hahetseng lebitso la hao;+ 39 le uena u utloe thapelo ea bona le likōpo tsa bona tsa mohau+ u le maholimong, sebaka sa hao sa bolulo+ se tiisitsoeng, ’me u phethise kahlolo+ bakeng sa bona ’me u tšoarele+ batho ba hao ba u sitetsoeng.
40 “Joale, Molimo oa ka, ka kōpo, mahlo+ a hao a ke a tutubolohe le litsebe+ tsa hao li mamelisise thapelo e mabapi le sebaka sena. 41 Joale ema,+ Jehova Molimo, phomolong+ ea hao, uena le Areka ea matla a hao.+ Jehova Molimo, baprista ba hao ba ke ba apare poloko, ’me ba tšepahalang ba hao ba ke ba thabele molemo.+ 42 Jehova Molimo, u se ke ua reteletsa sefahleho sa motlotsuoa oa hao.+ U hopole mosa o lerato ho mohlanka oa hao Davida.”+
7 Joale hang ha Solomone a qetile ho rapela,+ mollo oa theoha maholimong+ ’me oa chesa nyehelo ea secheso+ le mahlabelo, ’me khanya+ ea Jehova ea tlala ntlo. 2 Baprista ba ne ba sa khone ho kena ka tlung ea Jehova+ hobane khanya ea Jehova e ne e tletse ntlo ea Jehova. 3 Bara bohle ba Iseraele ba ne ba shebeletse ha mollo o theoha ’me khanya ea Jehova e le holim ’a ntlo, ’me kapele-pele ba inamela+ fatše ka lifahleho sebakeng se katiloeng ’me ba khumama+ ba leboha Jehova, “etsoe o molemo,+ kaha mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”+
4 Morena le batho bohle ba ne ba nyehela sehlabelo ka pel’a Jehova.+ 5 Morena Solomone a tsoela pele ho nyehela sehlabelo sa likhomo tse likete tse mashome a mabeli a metso e ’meli le linku tse likete tse lekholo le mashome a mabeli.+ Kahoo morena le batho bohle ba khakola+ ntlo ea Molimo oa ’nete. 6 Baprista+ ba ne ba eme likabelong tsa bona tsa mosebetsi, le Balevi+ ka liletsa tsa ho binela+ Jehova tseo Morena Davida+ a neng a li etselitse ho leboha Jehova, “etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang,” ha Davida a ne a fana ka thoriso ka matsoho a bona; baprista ba ne ba letsetsa literompeta+ holimo ka pel’a bona, ha Baiseraele bohle ba ntse ba eme.
7 Joale Solomone a halaletsa+ bohare ba lebala le neng le le ka pel’a ntlo ea Jehova, kahobane moo o ne a etsa linyehelo tsa secheso+ le likarolo tse nonneng tsa mahlabelo a kopanetsoeng, kaha aletare+ ea koporo eo Solomone a neng a e entse e ne e sa khone ho lekana nyehelo ea secheso le nyehelo ea lijo-thollo+ le likarolo tse nonneng.+ 8 Solomone a tšoara mokete+ nakong eo ka matsatsi a supileng, hammoho le Baiseraele bohle,+ phutheho+ e khōlō haholo ho tloha moo ho kenoang teng Hamathe+ ho fihlela phuleng ea molapo o phoroselang ea Egepeta.+ 9 Empa ka letsatsi la borobeli ba tšoara seboka se hlomphehang,+ kahobane ba ne ba tšoere khakolo ea aletare ka matsatsi a supileng le mokete ka matsatsi a supileng. 10 Ka letsatsi la mashome a mabeli a metso e meraro la khoeli ea bosupa a re sechaba se tsamaee se ee malapeng a sona, se thabile+ ’me se ikutloa se nyakaletse lipelong ka lebaka la molemo+ oo Jehova a neng a o etselitse Davida le Solomone le sechaba sa hae sa Iseraele.+
11 Kahoo Solomone a qeta ntlo ea Jehova+ le ntlo ea morena;+ Solomone a atleha nthong e ’ngoe le e ’ngoe e neng e tlile pelong ea hae hore a e etse mabapi le ntlo ea Jehova le ntlo ea hae. 12 Joale Jehova a hlaha+ ho Solomone bosiu ’me a re ho eena: “Ke utloile thapelo+ ea hao, ’me ke ikhethetse+ sebaka sena e le ntlo ea mahlabelo.+ 13 Ha ke koala maholimo hore pula e se ke ea e-ba teng+ le ha ke laela marutle hore a je naha+ le haeba ke romela lefu la seoa har’a batho ba ka,+ 14 ’me batho+ ba ka ba ’nileng ba bitsoa ka lebitso+ la ka ba ikokobetsa+ le ho rapela+ le ho batla sefahleho+ sa ka ’me ba furalla litsela tsa bona tse mpe,+ joale ke tla utloa ke le maholimong+ ’me ke tšoarele sebe sa bona,+ ’me ke tla folisa naha ea bona.+ 15 Joale mahlo+ a ka a tla tutuboloha le litsebe+ tsa ka li mamelisise thapelo sebakeng sena. 16 Joale ke khetha+ le ho halaletsa ntlo ena e le hore lebitso+ la ka le ka ba moo ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+ ’me mahlo a ka le pelo ea ka ka sebele li tla ba moo kamehla.+
17 “Haeba u tla tsamaea ka pel’a ka, feela joalokaha ntat’ao Davida+ a ile a tsamaea, esita le ka ho etsa ho ea ka sohle seo ke u laetseng+ sona, ’me u tla boloka melao ea ka ea tsamaiso+ le liqeto tsa ka tsa boahloli,+ 18 le ’na ke tla tiisa terone ea borena+ ba hao, feela joalokaha ke hlabile selekane le ntat’ao Davida,+ ka re, ‘Ha ho motho oa hao ea tla tlosoa hore a se ke a busa Iseraele.’+ 19 Empa haeba le furalla+ ’me le tlohela litaelo tsa ka tse hlomamisitsoeng+ le litaelo+ tsa ka tseo ke li behileng ka pel’a lōna, ’me le il’o sebeletsa melimo+ e meng le ho e inamela,+ 20 le ’na ke tla ba fothola naheng ea ka eo ke ba fileng eona;+ ntlo ena eo ke e halalelitseng+ bakeng sa lebitso la ka, ke tla e lahla ka pel’a sefahleho+ sa ka, ’me ke tla e etsa polelo ea maele+ le nyeliso har’a lichaba tsohle.+ 21 Ha e le ntlo ena e neng e fetohile liqubu tsa lithako,+ e mong le e mong ea fetang ho eona o tla sheba ka ho makala+ ’me ka sebele o tla re, ‘Ke ka lebaka la’ng ha Jehova a entse joalo naheng ee le ntlong ee?’+ 22 Ba tla lokela ho re, ‘Ka lebaka la hore ba tlohetse Jehova+ Molimo oa baholo-holo ba bona ea ba ntšitseng naheng ea Egepeta,+ ’me ba itšoarella ho melimo+ e meng ’me ba e inamela le ho e sebeletsa.+ Ke ka lebaka leo a tlisitseng tlokotsi ena eohle holim ’a bona.’”+
8 Eitse bofelong ba lilemo tse mashome a mabeli,+ tseo ka tsona Solomone a neng a hahile ntlo ea Jehova+ le ntlo ea hae,+ 2 metse eo Hirame+ a neng a e file Solomone—Solomone a e tsosolosa ’me a etsa hore bara ba Iseraele ba lule ho eona. 3 Ho feta moo, Solomone a ea Hamathe-zoba ’me a e hlōla. 4 Joale a tsosolosa Tadmore lefeelleng le metse eohle ea polokelo+ eo a neng a e hahile Hamathe.+ 5 A tsoela pele ho haha Bethe-horone+ e ka Holimo le Bethe-horone+ e ka Tlaase, metse e etselitsoeng liqhobosheane e nang le marako,+ mamati le mokoallo,+ 6 le Baalathe+ le metse eohle ea polokelo e neng e fetohile ea Solomone le metse+ eohle ea likoloi le metse ea banna ba lipere+ le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lakatsehang eo Solomone+ a neng a lakalitse ho e haha Jerusalema le Lebanone+ le naheng eohle e pusong ea hae.
7 Ha e le batho bohle ba neng ba setse ba Bahethe+ le Baamore+ le Bapereze+ le Baheve+ le Bajebuse,+ bao e neng e se karolo ea Iseraele,+ 8 ho bara ba bona ba neng ba siiloe naheng, bao bara ba Iseraele ba neng ba sa ba felisa,+ Solomone a ’na a ngolisa+ banna bakeng sa mosebetsi o qobelloang ho fihlela letsatsing lena.+ 9 Empa ho ne ho se le ea mong ho bara ba Iseraele bao Solomone a ileng a ba etsa makhoba a mosebetsi oa hae;+ etsoe e ne e le bahlabani+ le baokameli ba bathusi ba hae le baokameli ba bakhanni ba hae ba likoloi+ le ba banna ba hae ba lipere.+ 10 Bana e ne e le baokameli ba matona+ a Morena Solomone, ba le makholo a mabeli le mashome a mahlano, balaoli ba okametseng batho.+
11 Solomone a ntša morali+ oa Faro Motseng oa Davida+ ho ea ntlong eo a neng a mo hahetse eona,+ etsoe o ile a re: “Le hoja e le mosali oa ka, ha aa lokela ho lula ka tlung ea Davida morena oa Iseraele, etsoe libaka tseo areka ea Jehova e tlileng ho tsona ke ntho e halalelang.”+
12 Ke nakong eo Solomone a ileng a nyehela mahlabelo a secheso+ ho Jehova holim ’a aletare+ ea Jehova eo a neng a e hahile ka pel’a mathule,+ 13 joalokaha e le taba e tloaelehileng letsatsi le leng le le leng+ ho etsa linyehelo ho ea ka taelo ea Moshe bakeng sa lisabatha+ le bakeng sa likhoeli tse thoasitseng+ le bakeng sa mekete+ e behiloeng ka makhetlo a mararo ka selemo,+ moketeng oa mahobe a sa lomosoang+ le moketeng oa libeke+ le moketeng oa maphephe.+ 14 Ho ekelletsa moo, a beha lihlopha+ tsa baprista tšebeletsong ea tsona ho ea ka molao oa ntat’ae Davida,+ le Balevi+ likabelong tsa bona tsa mosebetsi, hore ba rorise+ le ho sebeletsa+ ka pel’a baprista e le taba e tloaelehileng ea letsatsi le leng le le leng,+ le balebeli ba liheke lihlopheng tsa bona bakeng sa liheke+ tse fapaneng, etsoe eo e ne e le taelo ea Davida monna oa Molimo oa ’nete. 15 Ha baa ka ba kheloha taelo ea morena ho baprista le Balevi malebana le taba leha e le efe le malebana le lintho tse hlokahalang.+ 16 Kahoo mosebetsi oa Solomone kaofela o ne o le boemong bo lokisitsoeng+ ho tloha letsatsing la ho rala motheo oa ntlo ea Jehova ho fihlela e phethoa.+ Kahoo ntlo ea Jehova e ile ea phethoa.+
17 Joale Solomone a ea Ezione-gebere+ le Elothe+ lebōpong la leoatle naheng ea Edomo.+ 18 Kamehla Hirame+ o ne a mo romella likepe le bahlanka ba nang le tsebo ea leoatle+ a sebelisa bahlanka ba hae, ’me ba ne ba tla le bahlanka ba Solomone Ofire+ ’me ba nka litalenta+ tsa khauta+ tse makholo a mane le mashome a mahlano moo le ho e tlisa ho Morena Solomone.+
9 Mofumahali oa Sheba+ a utloa tlaleho ka Solomone, eaba o tla Jerusalema ho tla leka Solomone ka lipotso tse qakang,+ a e-na le mokoloko o tsotehang haholo le likamele+ tse jereng oli ea balsame,+ le khauta+ e ngata haholo, le majoe a bohlokoa.+ Qetellong a kena ho Solomone ’me a bua le eena ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka pelong ea hae.+ 2 Solomone, le eena, a tsoela pele ho mo bolella litaba tsohle tsa hae,+ ’me ha ho taba e neng e patehile ho Solomone eo a sa kang a mo bolella eona.+
3 Ha mofumahali oa Sheba a bona bohlale+ ba Solomone le ntlo eo a neng a e hahile,+ 4 le lijo tsa tafole+ ea hae le ho lula ha bahlanka ba hae le tšebeletso ea tafole ea basebeletsi ba hae le liaparo+ tsa bona le baqhatsetsi+ ba hae le liaparo tsa bona, le mahlabelo a hae a secheso+ ao a neng a a nyehela kamehla ntlong ea Jehova,+ joale a khathala matla. 5 Kahoo a re ho morena: “Lentsoe leo ke le utloileng naheng ea heso ka litaba tsa hao le ka bohlale ba hao ke ’nete.+ 6 Ha kea ka ka beha tumelo+ mantsoeng a bona ho fihlela ke tlile e le hore mahlo a ka a ka bona;+ bona! ha kea bolelloa le halofo ea bohlale ba hao bo bongata.+ U fetisitse tlaleho eo ke e utloileng.+ 7 Ho thaba+ batho ba hao, ’me ho thaba bahlanka bana ba hao ba emeng ka pel’a hao kamehla ’me ba mametse bohlale ba hao.+ 8 Ho bokoe+ Jehova Molimo oa hao, ea khahliloeng+ ke uena ka ho u beha teroneng+ ea hae u le morena bakeng sa Jehova Molimo+ oa hao; hobane Molimo oa hao o ratile+ Baiseraele, ho etsa hore ba eme ho isa nakong e sa lekanyetsoang, hoo a ileng a u beha hore u be morena+ oa bona hore u phethise qeto ea boahloli+ le ho loka.”+
9 Joale a fa morena litalenta tsa khauta+ tse lekholo le mashome a mabeli, le oli ea balsame+ e ngata haholo, le majoe+ a bohlokoa; ho ne ho e-s’o ka ho e-ba le oli ea balsame e joaloka eo mofumahali oa Sheba a ileng a e fa Morena Solomone.+
10 Ntle ho moo, bahlanka ba Hirame+ le bahlanka ba Solomone ba neng ba tlisitse khauta+ e tsoang Ofire ba tlisa lifate+ tsa algame le majoe a bohlokoa.+ 11 Morena a etsa litepisi+ bakeng sa ntlo ea Jehova le bakeng sa ntlo+ ea morena ka lifate tsa algame le liharepa+ le liletsa tse likhoele+ bakeng sa libini,+ ’me ho ne ho se mohla ho kileng ha bonoa tse tšoanang le tsona naheng ea Juda.
12 Morena Solomone a fa mofumahali+ oa Sheba sohle seo a se thabelang seo a neng a se kōpile, kantle le se lekanang le seo a neng a se tlisitse ho morena. Kahoo a reteleha eaba o ea naheng ea habo, eena hammoho le bahlanka ba hae.+
13 Boima ba khauta e neng e tla ho Solomone ka selemo ea e-ba litalenta tsa khauta tse makholo a tšeletseng le mashome a tšeletseng a metso e tšeletseng,+ 14 kantle le e neng e tsoa ho banna ba tsamaeang le bahoebi+ ba neng ba e tlisa le marena ’ohle a Maarabia+ le babusisi ba naha ba neng ba tlisa khauta le silevera ho Solomone.
15 Morena Solomone a tsoela pele ho etsa lithebe tse khōlō tse makholo a mabeli tsa khauta+ e tsoakiloeng (a koahela thebe ka ’ngoe e khōlō ka [lishekele] tsa khauta e tsoakiloeng tse makholo a tšeletseng),+ 16 le lithebe tse nyenyane tse makholo a mararo tsa khauta e tsoakiloeng (a koahela thebe ka ’ngoe e nyenyane ka limina tse tharo tsa khauta).+ Joale morena a li kenya ka Tlung ea Moru oa Lebanone.+
17 Ho ekelletsa moo, morena a etsa terone e khōlō ea manaka a tlou ’me a e koahela ka khauta e hloekileng.+ 18 Ho ne ho e-na le litepisi tse tšeletseng tse eang teroneng, ’me ho ne ho e-na le setuloana sa maoto sa khauta se eang teroneng (li ne li hokahantsoe), ho ne ho e-na le libaka tsa ho tšetleha matsoho ka lehlakoreng lena le ka lehlakoreng lane sebakeng sa ho lula, ’me litau+ tse peli li ne li eme ka thōko ho libaka tsa ho tšetleha matsoho.+ 19 Ho ne ho e-na le litau+ tse leshome le metso e ’meli tse emeng moo holim ’a litepisi tse tšeletseng ka lehlakoreng lena le ka lehlakoreng lane. Ho ne ho se na ’muso o nang le e entsoeng joaloka eona.+ 20 Lijana+ tsohle tsa ho noela tsa Morena Solomone e ne e le tsa khauta,+ ’me lijana tsohle tsa Ntlo ea Moru oa Lebanone+ e ne e le tsa khauta e hloekileng. Ho ne ho se na letho la silevera; matsatsing a Solomone e ne e nkoa e se letho ho hang.+ 21 Etsoe likepe tsa morena li ne li ea Tarshishe+ le bahlanka ba Hirame.+ Hang ka lilemo tse ling le tse ling tse tharo likepe tsa Tarshishe li ne li kena, li nkile khauta le silevera,+ manaka a tlou,+ le litšoene+ le lipikoko.
22 Kahoo Morena Solomone o ne a e-na le maruo+ a mangata ’me a le bohlale+ ho feta marena a mang ’ohle a lefatše. 23 Marena ’ohle a lefatše a ne a batla+ sefahleho sa Solomone hore a utloe bohlale+ ba hae, boo Molimo oa ’nete a neng a bo kentse pelong ea hae.+ 24 E mong le e mong o ne a tlisa mpho+ ea hae, lintho tsa silevera le lintho tsa khauta+ le liaparo,+ lihlomo le oli ea balsame, lipere le limmoulo e le taba e tloaelehileng ea selemo le selemo.+ 25 Solomone a ba le litala tsa lipere+ tse likete tse ’nè le likoloi+ le lipere tsa ntoa tse likete tse leshome le metso e ’meli, ’me a ’na a li beha metseng+ ea likoloi haufi le morena Jerusalema. 26 E ile ea e-ba ’musi oa marena ’ohle ho tloha Nōkeng ho ea fihla naheng ea Bafilista le ho ea fihla moeling oa Egepeta.+ 27 Ho feta moo, morena a etsa hore silevera e Jerusalema e be joaloka majoe; a etsa hore lehong la kedare le be lengata+ joaloka lifate tsa sikamora+ tse Shefela.+ 28 Ho ne ho e-na le ba tlisang lipere+ ho Solomone li tsoa Egepeta+ le linaheng tse ling tsohle.
29 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Solomone,+ tsa pele le tsa ho qetela, na ha lia ngoloa har’a mantsoe a moprofeta Nathane+ le boprofeteng ba Akija+ Moshilo+ le tlalehong ea lipono tsa Ido+ ea bonang lipono malebana le Jeroboame+ mora oa Nebate?+ 30 Solomone a tsoela pele ho busa Baiseraele bohle a le Jerusalema ka lilemo tse mashome a mane. 31 Qetellong Solomone a robala le baholo-holo ba hae. Kahoo ba mo pata Motseng oa ntat’ae Davida;+ mora oa hae Roboame+ a qala ho busa sebakeng sa hae.+
10 Roboame+ a ea Shikeme,+ kaha Baiseraele bohle ba ne ba tlile Shikeme ho mo etsa morena. 2 Eitse hang ha Jeroboame+ mora oa Nebate a utloa ka hona ha a sa ntse a le Egepeta,+ (hobane o ne a balehile ka lebaka la Morena Solomone,) kapele-pele Jeroboame a khutla Egepeta.+ 3 Kahoo ba romeletsa ’me ba mo bitsa, eaba Jeroboame le Baiseraele bohle baa tla ’me ba bua le Roboame, ba re:+ 4 “Ntat’ao o ile a etsa hore joko ea rōna e be boima;+ joale bebofatsa tšebeletso e boima ea ntat’ao le joko+ e boima eo a e behileng holim ’a rōna, ’me re tla u sebeletsa.”+
5 Eaba o re ho bona: “Ho ke ho fete matsatsi a mararo. Joale le khutlele ho ’na.” Kahoo batho ba tsamaea. 6 Morena Roboame a qala ho rerisana+ le banna ba baholo bao kamehla ba neng ba sebeletsa ntat’ae Solomone ha a sa ntse a phela, a re: “Le eletsa hore batho baa ba arajoe joang?”+ 7 Ka lebaka leo ba bua le eena, ba re: “Haeba u tla ba molemo ho batho bana ’me u ba khahlise ’me ruri u bue mantsoe a matle ho bona,+ ka sebele le bona e tla ba bahlanka ba hao kamehla.”+
8 Leha ho le joalo, a tlohela keletso+ eo banna ba baholo ba neng ba mo elelitse ka eona, ’me a qala ho rerisana le bahlankana ba neng ba hōtse le eena,+ bao e neng e le bona ba mo sebeletsang.+ 9 A tsoela pele ho re ho bona: “Le fana ka keletso efe+ e le hore re ka araba batho baa ba buileng le ’na, ba re, ‘Bebofatsa joko eo ntat’ao a e behileng holim ’a rōna’?”+ 10 Eaba bahlankana ba neng ba hōtse le eena ba bua le eena, ba re: “Sena ke seo u lokelang ho se bolella batho ba buileng le uena, ba re, ‘Ntat’ao, o ile a etsa hore joko ea rōna e be boima, empa, ha e le uena, e bebofatse holim ’a rōna’; sena ke seo u lokelang ho ba bolella sona,+ ‘Ka sebele monoana oa ka o monyenyane o tla ba motenya ho feta letheka la Ntate.+ 11 Joale Ntate o le jarisitse joko e boima, empa ke tla eketsa jokong ea lōna.+ Ntate o le shapile ka liphali, empa ke tla le shapa ka liphali tse metjeka.’”+
12 Jeroboame le batho bohle ba tla ho Roboame ka letsatsi la boraro,+ feela joalokaha morena a ne a buile, a re: “Khutlelang ho ’na ka letsatsi la boraro.” 13 Morena a qala ho ba araba ka thata.+ Kahoo Morena Roboame a tlohela keletso+ ea banna ba baholo,+ 14 ’me a tsoela pele ho bua le bona ho ea ka keletso ea bahlankana bao,+ a re: “Ke tla etsa hore joko ea lōna e be boima haholoanyane, ’me ke tla eketsa ho eona. Ntate o le shapile ka liphali, empa ke tla le shapa ka liphali tse metjeka.”+ 15 Morena ha aa ka a mamela batho; etsoe litaba li bile joalo ho tsoa ho Molimo+ oa ’nete e le hore Jehova a ka phetha lentsoe+ la hae leo a neng a le buile ka Akija+ Moshilo+ ho Jeroboame mora oa Nebate.+
16 Ha e le Baiseraele bohle, kahobane morena ha aa ka a ba mamela, joale batho ba araba morena, ba re: “Re na le kabelo efe ho Davida?+ Ha ho na lefa ho mora oa Jese.+ Lōna Baiseraele, e mong le e mong a ee ho melimo ea hae!+ Joale iponele ntlo ea hao, Uena Davida.”+ Eaba Baiseraele bohle ba qala ho ea litenteng tsa bona.
17 Ha e le bara ba Iseraele ba neng ba lula metseng ea Juda, Roboame a tsoela pele ho ba busa.+
18 Ka mor’a moo Morena Roboame a romela Hadorame,+ ea neng a okametse ba ngolisitsoeng bakeng sa mosebetsi o qobelloang, empa bara ba Iseraele ba mo tlepetsa ka majoe,+ hoo a ileng a shoa. Morena Roboame a khona ho hloella koloing ea hae a balehela Jerusalema.+ 19 Baiseraele ba tsoela pele ka bofetoheli+ ba bona khahlanong le ntlo ea Davida ho fihlela letsatsing lena.
11 Ha Roboame a fihla Jerusalema,+ kapele-pele a phutha ntlo ea Juda le Benjamine,+ banna ba khethehileng ba likete tse lekholo le mashome a robeli ba shahlileng bakeng sa ntoa,+ hore ba loantše Iseraele e le ho khutlisetsa borena ho Roboame. 2 Joale lentsoe la Jehova la tla ho Shemaia+ monna oa Molimo oa ’nete, la re: 3 “E-re ho Roboame mora oa Solomone morena oa Juda+ le ho Baiseraele bohle ba Juda le Benjamine, u re, 4 ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Le se ke la nyoloha ’me la loantša barab’abo lōna.+ E mong le e mong a khutlele ntlong ea hae, etsoe ntho ena e hlahile ka tšusumetso ea ka.”’”+ Kahoo ba mamela lentsoe la Jehova ’me ba khutla hore ba se ke ba futuhela Jeroboame.+
5 Roboame a tsoela pele ho lula Jerusalema ’me a haha metse e etselitsoeng liqhobosheane Juda. 6 Kahoo a tsosolosa Bethlehema+ le Etame+ le Tekooa,+ 7 le Bethe-zure+ le Soko+ le Adulame,+ 8 le Gathe+ le Maresha+ le Zife,+ 9 le Adoraime le Lakishe+ le Azeka,+ 10 le Zora+ le Ajalone+ le Hebrone,+ metse e etselitsoeng liqhobosheane, e neng e le Juda le Benjamine. 11 Ho ekelletsa moo, a tiisa libaka tse etselitsoeng liqhobosheane+ ’me a beha baeta-pele+ ho tsona le liphepelo tsa lijo le oli le veine, 12 ’me metseng eohle e fapaneng a beha lithebe+ tse khōlō le marumo;+ a tsoela pele ho e tiisa ka tekanyo e khōlō. Juda le Benjamine tsa tsoela pele e le tsa hae.
13 Baprista le Balevi ba neng ba le Iseraele eohle ba ema le eena ba tsoa libakeng tsohle tsa bona. 14 Etsoe Balevi ba ile ba tlohela makhulo+ a bona le matlotlo+ a bona ’me joale ba tla Juda le Jerusalema,+ hobane Jeroboame+ le bara ba hae ba ne ba ba tlositse+ ho sebetseng e le baprista ba Jehova. 15 A ikhethela baprista bakeng sa libaka tse phahameng+ le bakeng sa bademona+ ba nang le sebōpeho sa lipōli le bakeng sa manamane ao a neng a a entse.+ 16 Ba ileng ba ba latela ba tsoa melokong eohle ea Iseraele ba neng ba nehetse lipelo tsa bona ho batla Jehova Molimo oa Iseraele ba ile ba tla Jerusalema+ ho tla etsetsa Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona sehlabelo.+ 17 Ba ’na ba matlafatsa borena ba Juda+ ’me ba tiisa Roboame mora oa Solomone ka lilemo tse tharo, etsoe ba ile ba tsamaea tseleng ea Davida le Solomone ka lilemo tse tharo.+
18 Joale Roboame a nka Mahalathe hore e be mosali oa hae, morali oa Jerimothe mora oa Davida, le oa Abikaile morali oa Eliabe+ mora oa Jese. 19 Ka mor’a nako a mo tsoalla bara, Jeushe le Shemaria le Zahame. 20 Ka mor’a hae a nka Maaka+ setloholo sa Absalome.+ Ka mor’a nako a mo tsoalla Abija+ le Atai le Ziza le Shelomithe. 21 Roboame o ne a rata Maaka setloholo sa Absalome ho feta basali+ ba bang ba hae kaofela le lirethe tsa hae; etsoe o ne a nkile basali ba leshome le metso e robeli, le lirethe tse mashome a tšeletseng, hoo a ileng a tsoala bara ba mashome a mabeli a metso e robeli le barali ba mashome a tšeletseng. 22 Ka lebaka leo Roboame a khetha Abija mora oa Maaka hore e be hlooho, e be moeta-pele har’a barab’abo, etsoe o ne a nahanne ho mo etsa morena. 23 Leha ho le joalo, a etsa ka kutloisiso+ ’me a abela ba bang ho bara bohle ba hae hore ba ee linaheng tsohle tsa Juda le Benjamine,+ metseng eohle e etselitsoeng liqhobosheane,+ ’me a ba fa lijo tse ngata+ le ho ba fumanela basali ba bangata haholo.+
12 Eitse hang ha borena ba Roboame bo tiisitsoe+ ka thata le hang ha a le matla, a tlohela molao oa Jehova,+ le Baiseraele+ bohle hammoho le eena. 2 Eitse ka selemo sa bohlano sa Morena Roboame+ Shishake+ morena oa Egepeta a futuhela Jerusalema, (etsoe e ne e itšoere ka ho se tšepahale ho Jehova,)+ 3 ka likoloi+ tse sekete le makholo a mabeli le ka banna ba lipere ba likete tse mashome a tšeletseng; batho ba ileng ba tla le eena ba tsoa Egepeta ba ne ba se na palo+—Balybia,+ Basuke le Baethiopia.+ 4 A hapa metse ea Juda+ e etselitsoeng liqhobosheane ’me qetellong a fihla Jerusalema.+
5 Joale ha e le moprofeta Shemaia,+ a tla ho Roboame le likhosana tsa Juda tse neng li bokane Jerusalema ka lebaka la Shishake, ’me a re ho bona: “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Le ntlohetse,+ ’me le ’na ke le tlohetse+ letsohong la Shishake.’” 6 Eaba likhosana tsa Iseraele le morena baa ikokobetsa+ ’me ba re: “Jehova o lokile.”+ 7 Ha Jehova a bona+ hore ba ne ba ikokobelitse, lentsoe la Jehova la tla ho Shemaia,+ la re: “Ba ikokobelitse. Nke ke ka ba timetsa, ’me ka sebele ka mor’a nakoana e seng kae ke tla ba pholosa, ’me khalefo+ ea ka e ke ke ea tšolohela holim ’a Jerusalema ka letsoho la Shishake.+ 8 Empa e tla ba bahlanka ba hae,+ e le hore ba ka tseba phapang pakeng tsa tšebeletso+ ea ka le tšebeletso ea mebuso ea linaha.”+
9 Kahoo Shishake+ morena oa Egepeta a futuhela Jerusalema ’me a nka matlotlo a ntlo ea Jehova+ le matlotlo a ntlo ea morena.+ A nka ntho e ’ngoe le e ’ngoe; kahoo a nka lithebe tsa khauta tseo Solomone a neng a li entse.+ 10 Ka lebaka leo Morena Roboame a etsa lithebe tsa koporo sebakeng sa tsona, ’me a li beha taolong ea baokameli ba limathi,+ balebeli+ ba monyako oa ntlo ea morena.+ 11 E ne e re nako le nako ha morena a tla ntlong ea Jehova, limathi li ne li kena li li nka ’me li li khutlisetsa kamoreng ea balebeli ea limathi.+ 12 Kahobane o ile a ikokobetsa, bohale ba Jehova ba tloha ho eena,+ ’me ha aa ka a nahana ho ba felisa ka ho feletseng.+ Ntle ho moo, ho ne ho e-na le lintho tse ntle Juda.+
13 Morena Roboame a tsoela pele ho etsa hore boemo ba hae bo be matla Jerusalema ’me a ’na a busa; etsoe Roboame+ o ne a le lilemo li mashome a mane a motso o mong ha a qala ho busa, ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse leshome le metso e supileng, motse+ oo Jehova a neng a o khethile har’a meloko eohle ea Iseraele hore a behe lebitso la hae ho oona.+ Lebitso la ’m ’ae e ne e le Naama+ mosali oa Moammone.+ 14 Empa a etsa se sebe,+ kaha o ne a sa tiisa pelo ea hae hore e batle Jehova.+
15 Ha e le litaba tsa Roboame, tsa pele le tsa ho qetela,+ na ha lia ngoloa har’a mantsoe a moprofeta Shemaia+ le a Ido+ ea bonang lipono ho ea ka ho ngolisoa ka meloko? Ho ne ho e-na le lintoa pakeng tsa Roboame+ le Jeroboame+ ka nako eohle. 16 Qetellong Roboame a robala le baholo-holo+ ba hae ’me a patoa Motseng oa Davida;+ mora oa hae Abija+ a qala ho busa sebakeng sa hae.
13 Ka selemo sa leshome le metso e robeli sa Morena Jeroboame Abija a qala ho busa Juda.+ 2 A busa Jerusalema ka lilemo tse tharo, ’me lebitso la ’m ’ae e ne e le Mikea+ morali oa Uriele oa Gibea.+ Ntoa ea e-ba teng pakeng tsa Abija le Jeroboame.+
3 Kahoo Abija a loana ka lebotho la sesole la banna ba matla ba ntoa+ ba likete tse makholo a mane, banna ba khethiloeng. Jeroboame a etsa thekō ea ntoa khahlanong le eena ka banna ba likete tse makholo a robeli ba khethiloeng, banna ba sebete, ba matla.+ 4 Joale Abija a ema holim ’a Thaba ea Zemaraime, e sebakeng se lithaba sa Efraime,+ ’me a re: “Nkutloe, Uena Jeroboame le Baiseraele bohle. 5 Na ha lea lokela ho tseba hore Jehova Molimo oa Iseraele o fane ka ’muso oa Iseraele ho Davida+ ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+ ho eena le ho bara ba hae,+ ka selekane sa letsoai?+ 6 Jeroboame+ mora oa Nebate, mohlanka+ oa Solomone mora oa Davida, a ema ’me a fetohela+ morena oa hae.+ 7 Banna ba sa sebetseng,+ ba se nang molemo,+ ba ’na ba phuthehela ho eena. Qetellong ba phahamela Roboame mora oa Solomone, ha Roboame+ a ne a le mocha ebile a le boi,+ ’me ha aa ka a ikemela khahlanong le bona.
8 “Joale lōna le nahana ho ikemela khahlanong le ’muso oa Jehova o matsohong a bara ba Davida,+ athe le bangata+ haholo ’me le na le manamane a khauta ao Jeroboame a le etselitseng ’ona e le melimo.+ 9 Na ha lea leleka baprista ba Jehova,+ bara ba Arone, le Balevi, ’me na ha le tsoele pele ho iketsetsa baprista joaloka lichaba tsa linaha?+ Ha e le mang kapa mang ea tlileng ’me a tlatsa letsoho la hae matla ka pohoana le lipheleu tse supileng, o fetohile moprista oa bao e seng melimo.+ 10 Ha e le rōna, Jehova ke Molimo oa rōna,+ ’me ha rea mo tlohela; empa baprista ba sebeletsa Jehova, bara ba Arone, le Balevi ba mosebetsing.+ 11 Ba etsa hore linyehelo tsa secheso tsa Jehova li kubelle hoseng ho hong le ho hong le ka shoalane+ e ’ngoe le e ’ngoe hammoho le libano+ tse nkhang hamonate; le mahobe a kolohantsoeng a holim ’a tafole ea khauta+ e hloekileng, ’me ho na le seluloana sa mabone+ sa khauta le mabone a sona bakeng sa ho khantša shoalane+ e ’ngoe le e ’ngoe; hobane re boloka tlamo+ ho Jehova Molimo oa rōna, empa le mo tlohetse.+ 12 Bonang! Ea re eteletseng pele ke Molimo+ oa ’nete ka baprista+ ba hae le literompeta+ tse fanang ka temoso bakeng sa ho hlaba mokhosi oa ntoa khahlanong le lōna. Lōna bara ba Iseraele, le se ke la loantša Jehova Molimo oa baholo-holo+ ba lōna, kaha le ke ke la atleha.”+
13 Jeroboame a romella ba lallang hore ba ba hlahe ka morao, hoo ba ileng ba e-ba ka pel’a Juda ’me ba laletseng ba e-ba ka mor’a bona.+ 14 Ha ba Juda ba reteleha, joale ba loana ba le ka pele le ka morao.+ Ba qala ho hoeletsa ho Jehova,+ ha baprista ba ntse ba letsetsa literompeta holimo. 15 Banna ba Juda ba tlerola mohoo oa ntoa.+ Eitse ha banna ba Juda ba tlerola mohoo oa ntoa, joale Molimo oa ’nete a hlōla+ Jeroboame le Baiseraele bohle ka pel’a Abija+ le Juda. 16 Bara ba Iseraele ba baleha ka pel’a Juda, ’me joale Molimo a nehelana ka bona matsohong a bona.+ 17 Abija le batho ba hae ba qala ho ba bolaea ka polao e khōlō; ba bolailoeng ba Iseraele ba ’na ba oela fatše, banna ba khethiloeng ba likete tse makholo a mahlano. 18 Kahoo bara ba Iseraele ba kokobetsoa nakong eo, empa bara ba Juda ea e-ba ba phahameng kahobane ba ne ba itšetlehile+ ka Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona. 19 Abija a ’na a lelekisa Jeroboame ’me a hapa metse ho eena, Bethele+ le metse e itšetlehileng ka eona, le Jeshana le metse e itšetlehileng ka eona, le Efraine le metse e itšetlehileng ka eona.+ 20 Jeroboame ha aa ka a hlola a e-ba le matla+ matsatsing a Abija; empa Jehova a mo otla,+ hoo a ileng a shoa.
21 Abija a tsoela pele ho imatlafatsa.+ Ka mor’a nako a inkela basali ba leshome le metso e mene,+ ’me a tsoala bara+ ba mashome a mabeli a metso e ’meli le barali ba leshome le metso e tšeletseng. 22 Litaba tse ling kaofela tsa Abija, esita le litsela tsa hae le mantsoe a hae, li ngotsoe tlhalosong ea moprofeta Ido.+
14 Qetellong Abija a robala le baholo-holo+ ba hae, eaba ba mo pata Motseng oa Davida;+ mora oa hae Asa+ a qala ho busa sebakeng sa hae. Matsatsing a hae naha ha ea ka ea khathatsoa+ ka lilemo tse leshome.
2 Asa a etsa se setle le se nepahetseng mahlong a Jehova Molimo oa hae. 3 Kahoo a tlosa lialetare+ lisele le libaka tse phahameng+ ’me a qhaqha litšiea tse halalelang+ le ho rema lipalo tse halalelang.+ 4 Ho ekelletsa moo, a re Bajuda ba batle+ Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona ’me ba phethe molao+ le taelo.+ 5 Ka lebaka leo a tlosa metseng eohle ea Juda libaka tse phahameng le liluloana+ tsa libano; ’muso oa tsoela pele ntle ho khathatso+ ka pel’a hae. 6 A tsoela pele ho haha metse e etselitsoeng liqhobosheane Juda,+ etsoe naha ha ea ka ea khathatsoa; ho ne ho se na ea mo loantšang lilemong tsena, kaha Jehova o ile a mo fa phomolo.+ 7 Kahoo a re ho Juda: “A re haheng metse ena ’me re etseng marako+ a e potolohang le litora,+ menyako e nang le mamati a mabeli le mekoallo.+ Re sa ntse re e-na le naha, hobane re batlile Jehova Molimo oa rōna.+ Re batlile, ’me o re fa phomolo ka hohle.”+ Ba qala ho haha ’me ba atleha.+
8 Asa a ba le lebotho la sesole le nkang lithebe+ tse khōlō le marumo,+ ba likete tse makholo a mararo ba tsoang Juda.+ Ba tsoang Benjamine ba nkang lithebe tse nyenyane le ba kobang liqha+ ba ne ba le likete tse makholo a mabeli le mashome a robeli.+ Bana bohle e ne e le banna ba sebete, ba matla.
9 Hamorao Zera Moethiopia+ a ba futuhela ka lebotho la sesole la banna+ ba milione le likoloi tse makholo a mararo, ’me a fihla Maresha.+ 10 Joale Asa a mo futuhela ’me ba etsa thekō ea ntoa phuleng ea Zefatha e Maresha. 11 Asa a qala ho hoeletsa ho Jehova Molimo+ oa hae a re: “Jehova, ha e le ka ho thusa, ha ho tsotellehe ho uena hore na ke ba bangata kapa ke ba se nang matla.+ Re thuse, Jehova Molimo oa rōna, etsoe re itšetlehile+ ka uena, ’me re futuhetse bongata bona ka lebitso+ la hao. Jehova, u Molimo oa rōna.+ U se ke ua lumella motho ea shoang hore a be matla khahlanong le uena.”+
12 Eaba Jehova o hlōla+ Baethiopia ka pel’a Asa le ka pel’a Juda, ’me Baethiopia ba baleha. 13 Asa le batho ba neng ba e-na le eena ba ’na ba ba lelekisa ho ea fihla Gerare,+ ’me Baethiopia ba ’na ba oela fatše ho fihlela ho se ea phelang oa bona; etsoe ba ile ba robakanngoa ka pel’a Jehova+ le ka pel’a lebotho+ la hae. Ka mor’a moo ba nka thepa e hapuoeng e ngata haholo.+ 14 Ho ekelletsa moo, ba hlasela metse eohle e pota-potileng Gerare, etsoe e ne e oetsoe ke tšabo+ ea Jehova; ba qala ho tlatlapa metse eohle, etsoe ho ne ho e-na le ho hongata ho ka tlatlapuoang ho eona.+ 15 Esita le litente+ tse nang le liphoofolo tse ruiloeng ba li hlasela hoo ba ileng ba hapa+ mehlape e mengata haholo le likamele,+ ka mor’a moo ba khutlela Jerusalema.
15 Joale moea+ oa Molimo oa e-ba holim ’a Azaria mora oa Odede.+ 2 Ka lebaka leo a tsoela ka pel’a Asa ’me a re ho eena: “U nkutloe, Uena Asa le Bajuda bohle le Benjamine! Jehova o na le lōna hafeela le e-na le eena;+ haeba le mo batla,+ o tla etsa hore le mo fumane, empa haeba le mo tlohela o tla le tlohela.+ 3 Ka matsatsi a mangata Baiseraele+ ba ne ba se na Molimo oa ’nete ebile ba se na moprista ea rutang+ ’me ba se na Molao. 4 Empa ha ba le mahlomoleng+ a bona ba khutlela ho Jehova Molimo oa Iseraele+ ’me ba mo batla, joale a etsa hore ba mo fumane.+ 5 Linakong tseo ho ne ho se na khotso bakeng sa ea tsoang kapa bakeng sa ea kenang,+ hobane ho ne ho e-na le ho hloka taolo ho hongata har’a baahi bohle ba linaha.+ 6 Ba silakanngoa, sechaba+ se seng khahlanong le se seng le motse o mong khahlanong le o mong, hobane Molimo o ile a ba boloka ba hloka taolo ka mahlomola a mofuta o mong le o mong.+ 7 Lōna, le be sebete+ ’me le se ke la lumella matsoho a lōna ho tepella,+ hobane moputso o teng bakeng sa mosebetsi oa lōna.”+
8 Hang ha Asa a utloa mantsoe ana le boprofeta ba moprofeta Odede,+ a ba sebete ’me a etsa hore lintho tse nyonyehang+ li nyamele naheng eohle ea Juda le Benjamine le metseng eo a neng a e hapile sebakeng se lithaba sa Efraime,+ le ho nchafatsa aletare ea Jehova e neng e le ka pel’a mathule a Jehova.+ 9 A qala ho bokella Bajuda bohle le Benjamine+ le bajaki+ ba nang le bona ba tsoang Efraime le Manase le Simeone, etsoe ba ne ba koenehetse ho eena ba tsoa Iseraele ba le bangata ha ba bona hore Jehova Molimo oa hae o na le eena.+ 10 Kahoo ba phuthehela Jerusalema ka khoeli ea boraro ea selemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ea Asa. 11 Joale ba etsetsa Jehova mahlabelo letsatsing leo ka thepa e hapuoeng eo ba neng ba e tlisitse, likhomo tse makholo a supileng le linku tse likete tse supileng. 12 Ho feta moo, ba kena selekaneng+ sa ho batla Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona ka lipelo tsohle tsa bona le ka moea oohle oa bona;+ 13 hore mang kapa mang ea ke keng a batla Jehova Molimo oa Iseraele o lokela ho bolaoa,+ ebang o monyenyane kapa o moholo,+ ebang ke monna kapa mosali.+ 14 Kahoo ba hlapanyetsa+ Jehova ka mantsoe a phahameng le ka mohoo oa thabo le ka literompeta le ka manaka. 15 Bajuda bohle ba thaba+ ka lebaka la ntho e hlapanyelitsoeng; etsoe ba ne ba hlapantse ka lipelo tsohle tsa bona ’me ba mo batlile ka nyakallo e feletseng, hoo a ileng a etsa hore ba mo fumane;+ Jehova a tsoela pele ho ba fa phomolo ka hohle.+
16 Esita le nkhono’ae Maaka,+ Morena+ Asa a mo tlosa hore e se ke ea e-ba mofumahali,+ hobane o ne a etselitse palo e halalelang+ setšoantšo se rapeloang se tšabehang; joale Asa a heletsa setšoantšo sa hae se rapeloang+ se tšabehang ’me a se silakanya le ho se chesa+ phuleng ea molapo o phoroselang ea Kidrone.+ 17 Libaka tse phahameng+ ha lia ka tsa nyamela Iseraele.+ Ke pelo ea Asa feela e neng e feletse ka matsatsi ’ohle a hae.+ 18 A kenya lintho tse halalelitsoeng ke ntat’ae le lintho+ tse halalelitsoeng ke eena ka tlung ea Molimo oa ’nete, silevera le khauta le lisebelisoa.+ 19 Ha e le ntoa, ha ea ka ea e-ba teng ho fihlela selemong sa mashome a mararo a metso e mehlano sa puso ea Asa.+
16 Ka selemo sa mashome a mararo a metso e tšeletseng sa puso ea Asa, Basha+ morena oa Iseraele a futuhela Juda ’me a qala ho haha Rama,+ e le hore a se ke a lumella leha e le mang ho tsoa kapa ho kena ho Asa morena oa Juda.+ 2 Joale Asa a ntša silevera le khauta matlotlong a ntlo+ ea Jehova le a ntlo+ ea morena ’me a romeletsa ho Ben-hadade+ morena oa Syria,+ ea neng a lula Damaseka,+ a re: 3 “Ho na le selekane pakeng tsa ka le uena le pakeng tsa Ntate le ntat’ao. Bona! ke u romela silevera le khauta. E-ea, u robe selekane sa hao le Basha+ morena oa Iseraele, e le hore a ka ntlohela.”+
4 Kahoo Ben-hadade a mamela Morena Asa eaba o romela balaoli ba mabotho a hae a sesole hore ba futuhele metse ea Iseraele, hoo ba ileng ba hlasela Ijone+ le Dane+ le Abele-maime+ le libaka+ tsohle tsa polokelo tsa metse ea Nefthali.+ 5 Eitse hang ha Basha a utloa ka hona, kapele-pele a khaotsa ho haha Rama ’me a emisa mosebetsi oa hae.+ 6 Ha e le Morena Asa, a nka Bajuda+ bohle, ’me ba nka majoe a Rama+ le lifate tsa eona tseo Basha a neng a hahile ka tsona,+ ’me a qala ho haha Geba+ le Mizpa+ ka tsona.
7 Nakong eo Hanani+ seboni a tla ho Asa morena oa Juda a ntan’o re ho eena: “Kahobane u itšetlehile ka morena oa Syria+ ’me ha ua ka ua itšetleha ka Jehova Molimo oa hao,+ ka lebaka leo lebotho la sesole la morena oa Syria le phonyohile letsohong la hao. 8 Na Baethiopia+ le Balybia+ e ne e se lebotho la sesole le leholo haholo, ka likoloi le ka banna ba lipere;+ ka lebaka la ho itšetleha ha hao ka Jehova na ha aa ka a nehelana ka bona letsohong la hao?+ 9 Etsoe, ha e le Jehova, mahlo+ a hae a qamaka ho pholletsa le lefatše+ lohle hore a bontše matla a hae molemong oa bao lipelo+ tsa bona li feletseng ho eena. U entse ka booatla+ mabapi le sena, etsoe ho tloha joale ho ea pele ho tla ba le lintoa khahlanong le uena.”+
10 Leha ho le joalo, Asa a khopehela seboni seo ’me a se kenya ka tlung ea metšoaso,+ hobane o ne a se halefetse ka lebaka la sena.+ Asa a qala ho hatella+ batho ba bang ka nako eona eo. 11 Bonang! Litaba tsa Asa, tsa pele le tsa ho qetela, li ngotsoe Bukeng+ ea Marena a Juda le a Iseraele.
12 Ka selemo sa mashome a mararo a metso e robong sa puso ea hae Asa a ba le boloetse ba maoto ho fihlela a kula haholo;+ esita le ha a kula ha aa ka a batla Jehova+ empa o ile a batla bafolisi.+ 13 Qetellong Asa a robala le baholo-holo+ ba hae ’me a shoa ka selemo sa mashome a mane a motso o mong sa ho busa ha hae. 14 Kahoo ba mo pata sebakeng+ sa hae se seholo sa lepato seo a neng a ikepetse sona Motseng oa Davida;+ ba mo robatsa betheng e neng e tlatsitsoe ka oli ea balsame+ le mefuta e fapaneng ea mafura+ e tsoakiloeng ka mafura a moetso o khethehileng.+ Ho ekelletsa moo, ba mo etsetsa secheso+ sa lepato se seholo ka ho sa tloaelehang.
17 Mora oa hae Josafate+ a qala ho busa sebakeng sa hae ’me a etsa hore boemo ba hae bo be matla holim ’a Iseraele. 2 A beha mabotho a sesole metseng eohle e etselitsoeng liqhobosheane ea Juda ’me a beha mabotho a lulang setsing sa sesole naheng ea Juda le metseng ea Efraime eo ntat’ae Asa a neng a e hapile.+ 3 Jehova a tsoela pele a e-na le Josafate,+ hobane o ile a tsamaea litseleng tsa pele tsa moholo-holo+ oa hae Davida ’me ha aa ka a batla bo-Baale.+ 4 Etsoe o ile a batla+ Molimo oa ntat’ae ’me a tsamaea ka taelo ea hae,+ eseng ho ea ka ketso ea Iseraele.+ 5 Jehova a boloka ’muso o tiile ka thata letsohong+ la hae; Bajuda bohle ba tsoela pele ba fa Josafate limpho,+ ’me a ba le maruo le khanya ka bongata.+ 6 Pelo ea hae ea e-ba sebete litseleng+ tsa Jehova, a ba a tlosa libaka tse phahameng+ le lipalo tse halalelang+ Juda.
7 Ka selemo sa boraro sa ho busa ha hae a romeletsa ho likhosana tsa hae, e leng, Ben-haile le Obadia le Zakaria le Nethaniele le Mikaia, hore ba rute metseng ea Juda, 8 ’me ba e-na le Balevi, Shemaia le Nethania le Zebadia le Asahele le Shemiramothe le Jonathane le Adonija le Tobija le Tob-adonija, Balevi, ’me ba e-na le baprista Elishama le Jorame.+ 9 Ba qala ho ruta+ Juda, ’me ba ne ba e-na le buka ea molao oa Jehova;+ ba ’na ba potoloha ho pholletsa le metse eohle ea Juda le ho ruta har’a sechaba.
10 Ho tšaba+ Jehova ha e-ba holim ’a mebuso eohle ea linaha tse neng li potolohile Juda, ’me ha ea ka ea loantša Josafate.+ 11 Ba ne ba tlisa limpho+ le chelete e tsoang ho Bafilista e le sethabathaba+ ho Josafate. Maarabia+ le ’ona a ne a mo tlisetsa mehlape, lipheleu tse likete tse supileng le makholo a supileng le liphooko tse likete tse supileng le makholo a supileng.+
12 Josafate a tsoela pele ho phahama le ho hōla+ ho isa tekanyong e phahameng; a tsoela pele ho haha libaka tse etselitsoeng liqhobosheane+ le metse+ ea polokelo Juda. 13 Ho ne ho e-na le lintho tse ngata tseo a ileng a li thahasella metseng ea Juda; bahlabani,+ banna ba sebete, ba matla,+ ba ne ba le Jerusalema. 14 Ena e ne e le mesebetsi ea bona ka matlo a baholo-holo ba bona: Ho Juda e le balaoli ba ba likete, molaoli Adna, ’me o ne a e-na le banna ba sebete, ba matla ba likete tse makholo a mararo.+ 15 Tlas’a taolo ea hae e ne e le molaoli Johanane, ’me o ne a e-na le ba likete tse makholo a mabeli le mashome a robeli. 16 Tlas’a taolo ea hae e ne e le Amasia mora oa Zikri moithaopi+ bakeng sa Jehova, ’me o ne a e-na le banna ba sebete, ba matla ba likete tse makholo a mabeli. 17 Ho tsoa ho Benjamine+ e ne e le Eliada monna ea sebete, ea matla, ’me o ne a e-na le banna ba likete tse makholo a mabeli ba hlometseng ka seqha le thebe.+ 18 Tlas’a taolo ea hae e ne e le Jozabade, ’me o ne a e-na le banna ba hlometseng bakeng sa lebotho ba likete tse lekholo le mashome a robeli. 19 Bana e ne e le ba sebeletsang morena ntle le bao morena a neng a ba behile metseng e etselitsoeng liqhobosheane+ ho pholletsa le Juda eohle.
18 Josafate a ba le maruo le khanya ka bongata;+ empa a etsa selekane+ sa lenyalo le Akabe.+ 2 Kahoo lilemo hamorao a theohela ho Akabe Samaria;+ Akabe a etsa sehlabelo ka linku+ le likhomo tse ngata bakeng sa hae le bakeng sa batho ba neng ba e-na le eena. A qala ho mo hoka-hoka+ hore a futuhele Ramothe-gileade.+ 3 Akabe morena oa Iseraele a tsoela pele ho re ho Josafate morena oa Juda: “Na u tla ea le ’na Ramothe-gileade?”+ Eaba o re ho eena: “Ke tšoana le uena, ’me sechaba sa ka se tšoana le sechaba sa hao ’me se na le uena ntoeng.”+
4 Leha ho le joalo, Josafate a re ho morena oa Iseraele: “Ka kōpo, pele ho tsohle botsa+ lentsoe la Jehova.” 5 Kahoo morena oa Iseraele a phutha baprofeta,+ banna ba makholo a mane, ’me a re ho bona: “Na re loantše Ramothe-gileade, kapa ke tlohele?”+ Ba qala ho re: “Nyoloha, ’me Molimo oa ’nete o tla nehelana ka eona letsohong la morena.”
6 Empa Josafate a re: “Na ho sa ntse ho e-na le moprofeta oa Jehova moo?+ Joale a re botseng ka eena.”+ 7 Eaba morena oa Iseraele o re ho Josafate:+ “Ho sa ntse ho e-na le monna+ a le mong eo ho ka botsoang Jehova ka eena, empa ka sebele ke mo hloile,+ kaha ha a profete se molemo malebana le ’na empa o profeta se sebe,+ ka matsatsi ’ohle a hae. Ke Mikaia mora oa Imla.”+ Leha ho le joalo, Josafate a re: “Morena a se ke a bua ntho e joalo.”+
8 Ka lebaka leo morena oa Iseraele a bitsa molaoli+ oa lekhotla ’me a re: “Tlisa Mikaia mora oa Imla kapele.”+ 9 Joale morena oa Iseraele le Josafate morena oa Juda ba ne ba lutse e mong le e mong teroneng ea hae, ba apere liaparo,+ ’me ba ne ba lutse seotlong se monyako oa heke ea Samaria; baprofeta bohle ba ne ba itšoara joaloka baprofeta ka pel’a bona.+ 10 Joale Tsedekia mora oa Kenana a iketsetsa manaka+ a tšepe ’me a re: “Sena ke seo Jehova a se boletseng,+ ‘Ka ’ona u tla sututsa Basyria ho fihlela u ba felisa.’”+ 11 Baprofeta ba bang bohle ba ne ba profeta se tšoanang le seo, ba re: “Nyolohela Ramothe-gileade ’me u atlehe,+ ka sebele Jehova o tla nehelana ka eona letsohong la morena.”+
12 Lenģosa le neng le il’o bitsa Mikaia la bua le eena, la re: “Bona! Ka tumellano mantsoe a baprofeta ke a molemo ho morena; ka kōpo, lentsoe la hao le ke le be joaloka la e mong oa bona+ ’me u bue se molemo.”+ 13 Empa Mikaia a re: “Ka Jehova ea phelang,+ seo Molimo oa ka a tla se bolela, ke sona seo ke tla se bua.”+ 14 Joale a kena ho morena, eaba morena o re ho eena: “Mikaia, na re loantše Ramothe-gileade, kapa ke tlohele?” Hang-hang a re: “Nyoloha ’me u atlehe; ho tla nehelanoa ka bona letsohong la hao.”+ 15 Eaba morena o re ho eena: “Ke tla u hlapantša+ ka makhetlo a makae hore u se ke ua mpolella letho haese feela ’nete ka lebitso la Jehova?”+ 16 Kahoo a re: “Ka sebele ke bona Baiseraele bohle ba hasane lithabeng, joaloka linku tse se nang molisa.+ Jehova a tsoela pele ho re: ‘Ha ba na benghali.+ E-re e mong le e mong a khutlele ntlong ea hae ka khotso.’”+
17 Joale morena oa Iseraele a re ho Josafate: “Na ha kea ka ka re ho uena, ‘O tla profeta lintho tse mpe malebana le ’na, eseng tse molemo’?”+
18 A tsoela pele ho re: “Ka hona utloang lentsoe la Jehova:+ Ka sebele ke bona Jehova a lutse teroneng+ ea hae ’me lebotho+ lohle la maholimo le eme ka ho la hae le letona le ka ho la hae le letšehali.+ 19 Jehova a re, ‘Ke mang ea tla thetsa Akabe morena oa Iseraele e le hore a ka nyoloha ’me a oela Ramothe-gileade?’ Ha e-ba le puo, enoa a bua hona, ’me eane a bua hoane.+ 20 Qetellong moea+ oa tsoa ’me oa ema ka pel’a Jehova oa re, ‘Ke tla mo thetsa.’ Eaba Jehova o re ho oona, ‘Ka eng?’+ 21 Eaba o re, ‘Ke tla tsoa ’me ka sebele ke tla ba moea o thetsang melomong ea baprofeta+ bohle ba hae.’ Kahoo a re, ‘U tla mo thetsa, ’me ho feta moo, u tla hlōla.+ Tsoa ’me u etse ka tsela eo.’+ 22 Joale bona! Jehova o kentse moea o thetsang melomong ea baprofeta bana ba hao;+ empa Jehova o boletse tlokotsi malebana le uena.”+
23 Joale Tsedekia+ mora oa Kenana+ a atamela ’me a otla Mikaia+ lerameng+ ’me a re: “Ke ka tsela efe moea oa Jehova o ileng oa mpheta hore o bue le uena?”+ 24 Eaba Mikaia o re: “Bona! U tla bona hore na ke ka tsela efe letsatsing+ la ha u tla be u kena ka kamoreng e ka hare-hare ho ea ipata.”+ 25 Joale morena oa Iseraele a re: “Nkang Mikaia ’me le mo khutlisetse ho Amone mookameli oa motse le ho Joashe mora oa morena.+ 26 Le tla re, ‘Sena ke seo morena a se boletseng: “Kenyang motho enoa ka tlung ea botlamuoa+ ’me le mo fepe ka kabelo e fokolitsoeng ea bohobe+ le kabelo e fokolitsoeng ea metsi ho fihlela ke khutla ka khotso.”’”+ 27 Ka mor’a moo Mikaia a re: “Haeba u khutla ka khotso, Jehova ha aa bua le ’na.”+ A eketsa: “Utloang, lōna lichaba tsohle.”+
28 Morena oa Iseraele le Josafate morena oa Juda ba nyolohela Ramothe-gileade.+ 29 Joale morena oa Iseraele a re ho Josafate: “Ke tla ikhakanya+ ’me ke kene ntoeng, empa u apare liaparo tsa hao.”+ Ka lebaka leo morena oa Iseraele a ikhakanya, ’me ka mor’a moo ba kena ntoeng.+ 30 Ha e le morena oa Syria, o ne a laetse baokameli ba likoloi tsa hae, a re: “Le se ke la loantša ba banyenyane kapa ba baholo, empa le loantše morena oa Iseraele feela.”+ 31 Eitse hang ha baokameli ba likoloi ba bona Josafate, ba ipolella ho re: “Ke morena oa Iseraele.”+ Kahoo ba khelohela ka thōko hore ba mo loantše; Josafate a qala ho hoeletsa ho kōpa thuso,+ ’me Jehova a mo thusa,+ ’me hang-hang Molimo a ba leleka ho eena.+ 32 Eitse hang ha baokameli ba likoloi ba bona hore hase morena oa Iseraele, kapele-pele ba khutla hore ba se ke ba mo latela.+
33 Ha e-ba le monna e mong ea ileng a koba seqha sa hae a sa rera, empa a hlaba+ morena oa Iseraele pakeng tsa likarolo tse ling tsa seaparo le seaparo se makhakhapha a tšepe, hoo a ileng a re ho mokhanni oa koloi:+ “Sokolla letsoho la hao, ’me u ’ntše liahelong, hobane ke ntšitsoe maqeba a mabe.”+ 34 Ntoa ea ’na ea loela letsatsing leo, ’me morena oa Iseraele a lokela ho bolokoa a eme ka koloing a shebile Basyria ho fihlela ka shoalane; qetellong a shoa ha letsatsi le likela.+
19 Joale Josafate morena oa Juda a khutlela ka khotso+ ntlong ea hae Jerusalema. 2 Joale Jehu+ mora oa Hanani+ ea bonang lipono+ a tsoa ka pel’a hae ’me a re ho Morena Josafate: “Na ke ba khopo ba lokelang ho thusoa,+ ’me na ke ba hloileng+ Jehova bao u lokelang ho ba rata?+ Ka lebaka lena Jehova o u halefetse.+ 3 Leha ho le joalo, ho na le lintho tse ntle+ tse fumanoeng ho uena, hobane u tlositse lipalo tse halalelang naheng+ ’me u lokisitse pelo ea hao hore e batle Molimo oa ’nete.”+
4 Josafate a tsoela pele ho lula Jerusalema; a qala ho boela a tsoela sechabeng ho tloha Beerseba+ ho ea sebakeng se lithaba sa Efraime,+ e le hore a ka se khutlisetsa ho Jehova Molimo oa baholo-holo+ ba sona. 5 A emisa baahloli ho pholletsa le naha metseng eohle ea Juda e etselitsoeng liqhobosheane, motseng o mong le o mong.+ 6 A tsoela pele ho re ho baahloli: “Bonang seo le se etsang,+ hobane ha le ahlolele motho empa le ahlolela Jehova;+ o na le lōna tabeng ea ho ahlola.+ 7 Joale le ke le oeloe ke tšabo+ ea Jehova.+ Hlokomelang ’me le nke bohato,+ etsoe ho Jehova Molimo oa rōna ha ho na ho se loke+ kapa leeme+ kapa ho nka tjotjo.”+
8 Le Jerusalema ka ho tšoanang Josafate a emisa Balevi+ ba bang le baprista+ le lihlooho tse ling tsa malapa a habo ntat’a+ Baiseraele bakeng sa kahlolo+ ea Jehova le bakeng sa linyeoe+ tsa baahi ba Jerusalema. 9 Ho ekelletsa moo, a ba laela, a re: “Le lokela ho etsa tjena ka ho tšaba+ Jehova ka botšepehi le ka pelo e feletseng. 10 Ha e le ka nyeoe e ’ngoe le e ’ngoe e tla tla ho lōna ea barab’abo lōna ba lulang metseng ea bona, e amang ho tšolloa ha mali,+ e amang molao+ le taelo+ le melao ea tsamaiso+ le liqeto tsa boahloli,+ le ba lemose e le hore ba se ke ba fosetsa Jehova le hore khalefo+ e se ke ea e-ba teng khahlanong le lōna le khahlanong le barab’abo lōna. Le lokela ho etsa tjena e le hore le se ke la itjarisa molato. 11 Bonang! moprista ea ka sehloohong Amaria o le okametse bakeng sa taba e ’ngoe le e ’ngoe ea Jehova;+ le Zebadia mora oa Ishmaele moeta-pele oa ntlo ea Juda bakeng sa taba e ’ngoe le e ’ngoe ea morena; le na le Balevi e le balaoli. E-bang matla+ ’me le nke bohato, ’me Jehova+ a ke a be le se molemo.”+
20 Eitse ka mor’a moo bara ba Moabe+ le bara ba Ammone+ le ba bang ba Baamonime+ ba loantša+ Josafate. 2 Kahoo batho ba tla ’me ba bolella Josafate, ba re: “Bongata bo boholo, bo tsoang sebakeng sa leoatle, Edomo,+ bo u futuhetse; ke bane ba Hazazone-tamare, ke ho re, Ene-gedi.”+ 3 Eaba Josafate oa tšoha+ ’me o etsa hore sefahleho sa hae se batle Jehova.+ Kahoo a phatlalatsa hore Bajuda bohle ba itime lijo.+ 4 Qetellong ba Juda ba phutheha ho botsa Jehova.+ Ba tla ho tla batla keletso ho Jehova+ esita le ho tsoa metseng eohle ea Juda.
5 Joale Josafate a ema phuthehong ea Juda le ea Jerusalema ka tlung ea Jehova+ ka pel’a lebala+ le lecha, 6 ’me a re:+
“Jehova Molimo oa baholo-holo+ ba rōna, na ha u Molimo maholimong,+ ’me na ha u laole mebuso eohle ea lichaba,+ ’me na ha ho na matla le bonatla letsohong la hao, hoo ho seng ea ka emang a tiile khahlanong le uena?+ 7 Molimo oa rōna,+ na ha ua ka ua leleka baahi ba naha ee hore ba tlohe ka pel’a sechaba sa hao sa Iseraele+ ’me joale ua e fa+ peō ea Abrahama, ea u ratang,+ ho isa nakong e sa lekanyetsoang? 8 Ba ile ba lula ho eona, ba hahela lebitso+ la hao sehalalelo ho eona, ba re, 9 ‘Haeba re ka tleloa ke tlokotsi,+ sabole, kahlolo e bohale, kapa lefu la seoa+ kapa tlala,+ e-re re eme ka pel’a ntlo+ ena le ka pel’a hao (etsoe lebitso+ la hao le ka tlung ena), e le hore re ka hoeletsa ho uena ho kōpa thuso mahlomoleng a rōna, ’me e se eka u ka utloa le ho pholosa.’+ 10 Joale bona! bara ba Ammone,+ le Moabe+ le sebaka se lithaba sa Seire,+ bao u sa kang ua lumella Baiseraele ho ba futuhela ha ba ne ba tsoa naheng ea Egepeta, empa ba ba furalla ’me ba se ke ba ba felisa,+ 11 e, bona! ba re putsa+ ka ho tla re leleka letlotlong la hao leo u entseng hore re le rue.+ 12 Molimo oa rōna, na u ke ke ua phethahatsa kahlolo holim ’a bona?+ Etsoe ha re na matla ka pel’a bongata bona bo boholo bo re futuhelang;+ ha re tsebe seo re tšoanelang ho se etsa,+ empa mahlo a rōna a talimile ho uena.”+
13 Nakong eo eohle ba Juda kaofela ba ne ba eme ka pel’a Jehova,+ esita le bana ba bona ba banyenyane,+ basali ba bona le bara ba bona.
14 Joale ha e le Jahaziele mora oa Zakaria mora oa Benaia mora oa Jeiele mora oa Matania Molevi oa bara ba Asafe,+ moea+ oa Jehova oa e-ba holim ’a hae bohareng ba phutheho. 15 Ka lebaka leo a re: “Elang hloko, Bajuda bohle le lōna baahi ba Jerusalema le Morena Josafate! Sena ke seo Jehova a le boleletseng sona, ‘Le se ke la tšoha+ kapa la haroha letsoalo ka lebaka la bongata bona bo boholo; kaha ntoa hase ea lōna, empa ke ea Molimo.+ 16 Hosasane le ba futuhele. Bonang! ba tla ka lekhalo la Zize; ka sebele le tla ba fumana pheletsong ea phula ea molapo o phoroselang ka pel’a lefeella la Jeruele. 17 Ho ke ke ha hlokahala hore le loane+ lekhetlong lena. Emang+ ’me le bone poloko+ ea Jehova molemong oa lōna. Lōna Bajuda le ba Jerusalema, le se ke la tšoha kapa la haroha letsoalo.+ Hosasane le ba futuhele, ’me Jehova o tla ba le lōna.’”+
18 Hang-hang Josafate a inamela fatše+ ka sefahleho, ’me Bajuda bohle le baahi ba Jerusalema ba itihela fatše ka pel’a Jehova ho inamela Jehova.+ 19 Joale Balevi+ ba bara ba Bakohathe+ le ba bara ba Bakora+ ba ema hore ba rorise Jehova Molimo oa Iseraele ka mantsoe a phahameng ka ho sa tloaelehang.+
20 Ba tsoha hoseng haholo ’me ba tsoela lefeelleng+ la Tekooa.+ Ha ba tsoa, Josafate a ema ’me a re: “Nkutloeng, Lōna Bajuda le lōna baahi ba Jerusalema!+ Behang tumelo+ ho Jehova Molimo oa lōna e le hore le ka hlola halelele. Behang tumelo ho baprofeta+ ba hae kahoo le atlehe.”
21 Ho ekelletsa moo, a rerisana+ le batho ’me a emisa ba binelang+ Jehova le ba fanang ka thoriso+ ka mokhabo+ o halalelang ha ba tsoa ba eteletse pele banna+ ba hlometseng, ’me ba re: “Fanang ka thoriso ho Jehova,+ etsoe mosa oa hae o lerato+ o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”
22 Ka nako eo ba qalang ka mohoo oa thabo le thoriso, Jehova a beha banna hore ba lalle+ bara ba Ammone, ba Moabe le ba sebaka se lithaba sa Seire ba neng ba tla Juda, eaba ba qala ho hlabana.+ 23 Bara ba Ammone le Moabe ba loantša baahi ba sebaka se lithaba sa Seire+ hore ba ba nehele timetso le ho ba felisa; hang ha ba qetile ka baahi ba Seire, ba thusana hore e mong le e mong a felise oa habo.+
24 Empa ha e le Bajuda, ba fihla toreng ea ho lebela ea lefeella.+ Ha ba retelletsa lifahleho nģeng ea bongata, litopo tsa bona li ne li oetse fatše+ ho se leha e le mang ea phonyohang. 25 Kahoo Josafate le batho ba hae ba tla ho tla tlatlapa thepa e hapuoeng+ ho bona, ’me har’a bona ba fumana thepa hammoho le liaparo le lintho tse ngata tse lakatsehang; ba inkela tsona ho fihlela ba ke ke ba hlola ba nka tse eketsehileng.+ Ea e-ba matsatsi a mararo ba ntse ba tlatlapa thepa e hapuoeng, kaha e ne e le ngata. 26 Ka letsatsi la bone ba phutheha khohlong ea Beraka, etsoe ba ile ba boka Jehova moo.+ Ke ka lebaka leo ba ileng ba reha sebaka seo lebitso+ la Khohlo ea Beraka—ho fihlela kajeno.
27 Joale banna bohle ba Juda le Jerusalema ba khutla, Josafate a ba eteletse pele, hore ba khutlele Jerusalema ka thabo, kaha Jehova o ne a ba thabisitse ka lebaka la lira tsa bona.+ 28 Kahoo ba tla Jerusalema ka liletsa tse likhoele+ le ka liharepa+ le ka literompeta+ ntlong ea Jehova.+ 29 Ho tšaba+ Molimo ha tlela mebuso eohle ea linaha ha e utloa hore Jehova o loantšitse lira tsa Iseraele.+ 30 Kahoo sebaka se pusong ea Josafate sa se ke sa e-ba le khathatso, ’me Molimo oa hae a tsoela pele ho mo fa phomolo ka hohle.+
31 Josafate+ a tsoela pele ho busa Juda. O ne a le lilemo li mashome a mararo a metso e mehlano ha a qala ho busa, a busa Jerusalema ka lilemo tse mashome a mabeli a metso e mehlano. Lebitso la ’m ’ae e ne e le Azuba+ morali oa Shilhi. 32 A ’na a tsamaea tseleng ea ntat’ae Asa,+ ’me ha aa ka a e kheloha, ka hore a etse se nepahetseng mahlong a Jehova.+ 33 Ke libaka tse phahameng+ feela tse sa kang tsa nyamela; batho ba ne ba e-s’o lokisetse Molimo oa baholo-holo ba bona lipelo tsa bona.+
34 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Josafate, tsa pele le tsa ho qetela, li ngotsoe har’a mantsoe a Jehu+ mora oa Hanani,+ a ileng a kenngoa Bukeng+ ea Marena a Iseraele. 35 Ka mor’a sena Josafate morena oa Juda a ba le selekane le Akazia+ morena oa Iseraele, ea ileng a etsa bokhopo.+ 36 Kahoo a mo etsa molekane oa hae bakeng sa ho etsa likepe tse eang Tarshishe+ ’me ba etsa likepe Ezione-gebere.+ 37 Leha ho le joalo, Eliezere mora oa Dodavahu oa Maresha a bua ka tsela ea boprofeta khahlanong le Josafate, a re: “Kahobane u bile le selekane le Akazia,+ ka sebele Jehova o tla senya mesebetsi ea hao.”+ Ka lebaka leo likepe tsa soahlamana,+ ’me ha lia ka tsa e-ba le matla a ho ea Tarshishe.+
21 Qetellong Josafate a robala le baholo-holo+ ba hae ’me a patoa le baholo-holo+ ba hae Motseng oa Davida; mora oa hae Jorame+ a qala ho busa sebakeng sa hae. 2 O ne a e-na le barab’abo, bara ba Josafate, Azaria le Jehiele le Zakaria le Azaria le Mikaele le Shefatia, bana bohle e le bara ba Josafate morena oa Iseraele. 3 Ka lebaka leo ntat’a bona a ba fa limpho+ tse ngata tsa silevera le tsa khauta le lintho tse ntle hammoho le metse e etselitsoeng liqhobosheane Juda;+ a fa Jorame ’muso,+ kaha e ne e le letsibolo.+
4 Ha Jorame a hloella ’musong oa ntat’ae a etsa hore boemo ba hae bo be matla, kahoo a bolaea barab’abo+ bohle ka sabole hammoho le likhosana tse ling tsa Iseraele. 5 Jorame o ne a le lilemo li mashome a mararo a metso e ’meli ha a qala ho busa, ’me a busa+ Jerusalema ka lilemo tse robeli. 6 A tsoela pele ho tsamaea tseleng ea marena a Iseraele,+ feela joalokaha ba ntlo ea Akabe ba ne ba entse; etsoe morali oa Akabe e ne e le mosali oa hae,+ ’me a tsoela pele ho etsa se sebe mahlong a Jehova.+ 7 Jehova o ne a sa batle ho felisa+ ntlo ea Davida, ka lebaka la selekane+ seo a neng a se hlabile le Davida, feela joalokaha a ne a itse o tla fa eena+ le bara ba hae lebone kamehla.+
8 Matsatsing a hae Baedomo+ ba fetohela Bajuda+ ’me joale ba etsa hore morena a ba buse.+ 9 Kahoo Jorame hammoho le baokameli ba hae ba fetela pele hammoho le likoloi tsohle. A tsoha bosiu ’me a qala ho bolaea Baedomo ba neng ba mo pota-potile hammoho le baokameli ba likoloi. 10 Empa Edomo ea tsoela pele ho fetohela Juda ho fihlela letsatsing lena. Joale Libna+ ea qala ho mo fetohela ka nako e tšoanang, hobane o ne a tlohetse Jehova Molimo oa baholo-holo ba hae.+ 11 Le eena o ne a entse libaka tse phahameng+ lithabeng tsa Juda, e le ho etsa hore baahi ba Jerusalema ba be le likamano tse litšila,+ hape e le hore a ka leleka Juda.+
12 Qetellong ha fihla ho eena lengolo+ le tsoang ho moprofeta Elia,+ le re: “Sena ke seo Jehova Molimo oa moholo-holo oa hao Davida a se boletseng, ‘Ka lebaka la hore ha ua tsamaea litseleng tsa ntat’ao Josafate+ kapa litseleng tsa Asa+ morena oa Juda, 13 empa u tsamaea tseleng ea marena a Iseraele+ ’me u etsa hore Bajuda le baahi ba Jerusalema ba be le likamano tse litšila+ ka tsela e tšoanang le eo ka eona ntlo ea Akabe e entseng hore ho be le likamano tse litšila,+ esita le barab’eno, ba ntlo ea ntat’ao, ba neng ba le molemo ho u feta, u ba bolaile;+ 14 bona! Jehova o otla+ batho+ ba hao le bara+ ba hao le basali ba hao le thepa ea hao. 15 U tla ba le maloetse a mangata,+ u be le lefu la mala, ho fihlela mala a hao a tsoile ka lebaka la boloetse letsatsi le letsatsi.’”+
16 Ka lebaka leo Jehova a tsosetsa Jorame moea+ oa Bafilista+ le Maarabia+ a neng a le lehlakoreng la Baethiopia.+ 17 Kahoo ba nyolohela Juda ’me ba e kena ka mahahapa le ho hapa thepa eohle e neng e ka fumanoa ka tlung ea morena le bara+ ba hae le basali ba hae,+ ’me ha aa ka a sieloa mora haese Joakaze,+ mora oa hae e monyenyane. 18 Ka mor’a sena sohle Jehova a mo otla ka maleng ka boloetse bo sa foleng.+ 19 Eitse matsatsing a latelang, esita le ha nako ea lilemo tse peli tse feletseng e felile, mala+ a hae a tsoa nakong ea boloetse ba hae, ’me qetellong a shoa ka mafu a hae a mabe; batho ba hae ha baa ka ba mo etsetsa secheso se tšoanang le secheso+ sa baholo-holo ba hae. 20 O ne a le lilemo li mashome a mararo a metso e ’meli ha a qala ho busa, ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse robeli. Qetellong a ikela a sa ratehe.+ Kahoo ba mo pata Motseng oa Davida,+ empa eseng libakeng tsa lepato tsa marena.+
22 Joale baahi ba Jerusalema ba etsa mora oa hae e monyenyane Akazia+ morena sebakeng sa hae, (kaha sehlopha sa bafutuhi se ileng sa tla le Maarabia+ liahelong se ne se bolaile bohle ba baholo,)+ ’me Akazia mora oa Jorame a qala ho busa e le morena oa Juda. 2 Akazia o ne a le lilemo li mashome a mabeli a metso e ’meli ha a qala ho busa,+ ’me a busa Jerusalema ka selemo se le seng. Lebitso la ’m ’ae e ne e le Athalia+ setloholo sa Omri.+
3 Le eena a tsamaea litseleng tsa ntlo ea Akabe,+ etsoe ’m ’ae+ e ile ea e-ba moeletsi oa hae ho etseng bokhopo. 4 A tsoela pele ho etsa se sebe mahlong a Jehova, joaloka ntlo ea Akabe, etsoe e ile ea e-ba baeletsi+ ba hae ka mor’a lefu la ntat’ae, ho mo isa tšenyehong. 5 Hape o ile a tsamaea+ keletsong ea bona, hoo a ileng a ea le Jorame+ mora oa Akabe morena oa Iseraele ntoeng khahlanong le Hazaele+ morena oa Syria e Ramothe-gileade,+ moo ba fulang ba ileng ba hlaba Jorame.+ 6 Kahoo a khutlela Jezriele+ hore a fole maqebeng ao ba neng ba mo ntšitse ’ona Rama+ ha a loantša Hazaele morena oa Syria.
Ha e le Azaria+ mora oa Jorame+ morena oa Juda, a theoha ho ea bona Jorame+ mora oa Akabe Jezriele, etsoe o ne a kula.+ 7 Empa ho oa+ ha Akazia ho ne ho tsoa ho Molimo+ ka hore a tle ho Jorame; ha a tlile, a tsoa+ le Jorame ho ea ho Jehu+ setloholo sa Nimshi,+ eo Jehova a neng a mo tlotsitse+ hore a felise ntlo ea Akabe.+ 8 Eitse hang ha Jehu a kene tsekong le ntlo ea Akabe,+ a fumana likhosana tsa Juda le bara ba barab’abo Akazia,+ basebeletsi ba Akazia, ’me a ba bolaea.+ 9 Joale a batla Akazia, ’me qetellong ba mo hapa,+ ha a ntse a ipatile Samaria,+ eaba ba mo tlisa ho Jehu. Joale ba mo bolaea ’me ba mo pata,+ etsoe ba ile ba re: “Ke setloholo sa Josafate,+ ea ileng a batla Jehova ka pelo eohle ea hae.”+ Ha ho oa ntlo ea Akazia ea neng a e-na le matla bakeng sa ’muso.
10 Ha e le Athalia+ ’mè oa Akazia, a bona hore mora oa hae o shoele. Kahoo a ema ’me a timetsa bana bohle ba moreneng ba ntlo ea Juda.+ 11 Leha ho le joalo, Joshabeathe+ morali oa morena a nka Joase+ mora oa Akazia ’me a mo utsoa har’a bara ba morena ba neng ba lokela ho bolaoa, ’me a mo kenya le mosali ea mo hlokomelang ka kamoreng e ka hare ea litulo tse kang bethe. Joshabeathe morali oa Morena Jorame,+ mosali oa moprista Jehojada,+ (etsoe e ne e le khaitseli ea Akazia,) a mo pata ka lebaka la Athalia, ’me ha aa ka a mo bolaea.+ 12 A hlola le bona ka tlung ea Molimo oa ’nete a ipatile ka lilemo tse tšeletseng,+ ha Athalia a ntse a busa e le mofumahali+ naheng.+
23 Ka selemo sa bosupa Jehojada+ a ba sebete ’me a qala ho hlaba selekane le balaoli ba ba makholo,+ e leng, Azaria mora oa Jerohame, le Ishmaele mora oa Johanane le Azaria mora oa Obede le Maseia mora oa Adaia le Elishafate mora oa Zikri. 2 Ka mor’a moo ba potoloha ho pholletsa le Juda ba phutha Balevi+ metseng eohle ea Juda le lihlooho+ tsa malapa a habo ntat’a+ Baiseraele. Kahoo ba tla Jerusalema. 3 Joale phutheho eohle ea hlaba selekane+ le morena ka tlung+ ea Molimo oa ’nete, ka mor’a moo a re ho bona:
“Bonang! Mora+ oa morena o tla busa,+ feela joalokaha Jehova a tšepisitse malebana le bara ba Davida.+ 4 Ena ke ntho eo le tlang ho e etsa: karolo ea boraro ea lōna ba kenang ka sabatha,+ ea baprista+ le ea Balevi,+ e tla ba balebeli ba menyako;+ 5 karolo ea boraro e tla ba ntlong ea morena;+ karolo ea boraro e tla ba Hekeng ea Motheo;+ batho bohle ba tla ba mabaleng+ a ntlo ea Jehova. 6 Le se ke la lumella leha e le mang ho kena ka tlung ea Jehova+ haese baprista le Balevi ba sebeletsang.+ Ke bona ba tla kena, hobane ke sehlopha se halalelang,+ ’me batho bohle ba tla boloka tlamo ho Jehova. 7 Balevi ba teele morena hare ka hohle,+ e mong le e mong a tšoere libetsa tsa hae letsohong; mang kapa mang ea kenang ka tlung, o lokela ho bolaoa. Le hlole le morena ha a tsoa le ha a kena.”
8 Balevi le Bajuda bohle ba etsa ho ea ka sohle seo moprista Jehojada+ a neng a se laetse.+ Kahoo e mong le e mong a nka banna ba hae ba neng ba kena ka sabatha hammoho le ba neng ba tsoa ka sabatha,+ etsoe moprista Jehojada o ne a sa lokolla lihlopha+ mosebetsing. 9 Ho ekelletsa moo, moprista Jehojada a fa balaoli ba ba makholo+ marumo le lithebe le lithebe+ tse chitja tseo e neng e le tsa Morena Davida,+ tse neng li le ka tlung ea Molimo oa ’nete.+ 10 A tsoela pele ho emisa batho bohle,+ e mong le e mong a tšoere lerumo la hae letsohong, ho tloha lehlakoreng le letona la ntlo ho ea fihla lehlakoreng le letšehali la ntlo, haufi le aletare le haufi le ntlo, ho pota-pota ka hohle haufi le morena. 11 Joale ba ntša+ mora oa morena ’me ba mo roesa mofapa-hlooho+ le Bopaki+ ’me ba mo etsa morena, kahoo Jehojada le bara ba hae ba mo tlotsa+ ’me ba re: “Morena a ke a phele!”+
12 Ha Athalia a utloa molumo oa batho ba mathang ’me ba rorisa morena,+ hang-hang a tla ho sechaba ntlong ea Jehova. 13 Joale a talima, ’me morena o ne a eme haufi le tšiea+ ea hae monyako, likhosana+ le literompeta+ li le haufi le morena, ’me batho bohle ba naha ba thabile+ ebile ba letsa+ literompeta, le libini+ tse tšoereng liletsa tsa pina le ba etsang pontšo ea ho fana ka thoriso. Kapele-pele Athalia a hahola liaparo tsa hae ’me a re: “Morero oa bolotsana! Morero oa bolotsana!”+ 14 Empa moprista Jehojada a ntša balaoli ba ba makholo, ba lebotho la sesole ba behiloeng, ’me a re ho bona: “Mo ntšeng ka har’a mela;+ ha e le mang kapa mang ea mo salang morao, o lokela ho bolaoa ka sabole!” Etsoe moprista o ne a itse: “Le se ke la mo bolaela ntlong ea Jehova.” 15 Kahoo ba mo tšoara. Eitse ha a fihla monyako oa heke ea lipere ea ntlo ea morena, hang-hang ba mo bolaela moo.+
16 Joale Jehojada a hlaba selekane pakeng tsa hae le batho bohle le morena hore ba tsoele pele e le batho+ ba Jehova. 17 Ka mor’a moo batho bohle ba tla ntlong ea Baale ’me ba e heletsa;+ ba qhaqha+ lialetare+ tsa hae le litšoantšo tsa hae, ’me Matane+ moprista oa Baale ba mo bolaela+ ka pel’a lialetare. 18 Ho ekelletsa moo, Jehojada a beha mesebetsi ea ntlo ea Jehova matsohong a baprista le Balevi, bao Davida+ a neng a ba behile ka lihlopha ntlong ea Jehova hore ba nyehele mahlabelo a secheso a Jehova ho ea ka se ngotsoeng molaong oa Moshe,+ ka thabo le ka pina ea botsamaisi ba Davida. 19 Kahoo a emisa balebeli ba liheke+ lihekeng+ tsa ntlo ea Jehova hore ho se ke ha e-ba le motho ea sa hloekang tabeng leha e le efe ea ka kenang. 20 Joale a nka balaoli ba ba makholo+ le ba nang le borena le babusi ba batho le batho bohle ba naha ’me a theola morena ntlong ea Jehova.+ Joale ba kena ka heke e ka holimo ba ea ntlong ea morena ’me ba lulisa morena teroneng+ ea ’muso. 21 Batho bohle ba naha ba tsoela pele ho thaba;+ motse ha oa ka oa khathatsoa, ’me ba ne ba bolaile Athalia ka sabole.+
24 Joase o ne a le lilemo li supileng ha a qala ho busa,+ ’me a busa Jerusalema+ ka lilemo tse mashome a mane. Lebitso la ’m ’ae e ne e le Zibia ea tsoang Beerseba.+ 2 Joase+ a ’na a etsa se nepahetseng mahlong+ a Jehova ka matsatsi ’ohle a moprista Jehojada.+ 3 Jehojada a mo nkela basali ba babeli, ’me a tsoala bara le barali.+
4 Joale eitse ka mor’a moo ea e-ba takatso ea pelo ea Joase hore a tsosolose ntlo ea Jehova.+ 5 Ka lebaka leo a bokella baprista+ le Balevi ’me a re ho bona: “Tsoelang metseng ea Juda ’me le bokelle chelete ho Baiseraele bohle bakeng sa ho lokisa+ ntlo ea Molimo oa lōna selemo le selemo;+ le lokela ho potlaka tabeng eo.” Balevi ha baa ka ba potlaka.+ 6 Kahoo morena a bitsa moeta-pele Jehojada ’me a re ho eena:+ “Ke hobane’ng ha u sa batla hore Balevi ba ikarabelle bakeng sa ho tlisa lekhetho le halalelang le laetsoeng ke Moshe+ mohlanka oa Jehova le tsoang Juda le Jerusalema, esita le la phutheho ea Iseraele, bakeng sa tente ea Bopaki?+ 7 Etsoe ha e le Athalia mosali ea khopo, bara+ ba hae ba ne ba thuhile ka tlung ea Molimo oa ’nete,+ esita le lintho tsohle tse halalelang+ tsa ntlo ea Jehova ba ne ba li nehetse bo-Baale.”+ 8 Joale morena a laela, kahoo ba etsa lebokose+ ’me ba le beha ka ntle hekeng ea ntlo ea Jehova. 9 Ka mor’a moo ba hlaba mokhosi ho pholletsa le Juda le Jerusalema hore ho tlisetsoe Jehova lekhetho+ le halalelang le laetsoeng ke Moshe+ mohlanka oa Molimo oa ’nete ho Iseraele lefeelleng. 10 Likhosana+ tsohle le batho bohle ba qala ho thaba,+ ’me ba ’na ba le tlisa le ho le lahlela ka lebokoseng+ ho fihlela kaofela ba fane.
11 Ka nako e tšoanetseng o ne a tlisa lebokose tlhokomelong ea morena ka matsoho a Balevi,+ ’me, hang ha ba bona hore ho ne ho e-na le chelete+ e ngata, mongoli+ oa morena le molaoli oa moprista ea ka sehloohong ba ne ba tla ’me joale ba tšolla lebokose le ho le phahamisa ’me ba le khutlisetsa sebakeng sa lona. Ke tsela eo ba neng ba etsa ka eona letsatsi le letsatsi, hoo ba ileng ba bokella chelete e ngata. 12 Joale morena le Jehojada ba ne ba e fa baetsi+ ba mosebetsi oa tšebeletso ea ntlo ea Jehova,+ ’me ba hira ba thuhang majoe+ le litsebi tsa mesebetsi ea matsoho+ bakeng sa ho tsosolosa ntlo ea Jehova,+ le ba sebetsang ka tšepe le koporo bakeng sa ho lokisa ntlo ea Jehova.+ 13 Baetsi ba mosebetsi ba qala tšebetso,+ ’me mosebetsi oa ho lokisa oa ’na oa tsoela pele ka matsoho a bona, qetellong ba emisa ntlo ea Molimo oa ’nete kamoo e lokelang ho hahuoa kateng ’me ba e etsa hore e be matla. 14 Hang ha ba qetile ba tlisa chelete e setseng ka pel’a morena le Jehojada, ’me ba qala ho etsetsa ntlo ea Jehova lisebelisoa, lisebelisoa tsa bosebeletsi+ le tsa ho etsa linyehelo le linoelo+ le lisebelisoa tsa khauta+ le tsa silevera; ea e-ba ba nyehelang mahlabelo+ a secheso ka tlung ea Jehova kamehla ka matsatsi ’ohle a Jehojada.
15 Jehojada a tsofala ’me a khotsofala ke lilemo+ ’me qetellong a shoa, a le lilemo li lekholo le mashome a mararo ha a shoa. 16 Kahoo ba mo pata Motseng oa Davida hammoho le marena,+ hobane o ne a entse ntho e ntle Iseraele+ le ho Molimo oa ’nete le ntlong ea Hae.
17 Ka mor’a lefu la Jehojada likhosana+ tsa Juda tsa kena ’me tsa inamela morena. Ka nako eo morena a li mamela.+ 18 Qetellong ba tlohela ntlo ea Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona ’me ba qala ho sebeletsa lipalo tse halalelang+ le litšoantšo tse rapeloang,+ hoo Bajuda le ba Jerusalema ba ileng ba halefeloa ka lebaka la molato ona oa bona.+ 19 A ’na a romela baprofeta+ har’a bona ho ba khutlisetsa ho Jehova; ba ’na ba paka khahlanong le bona, empa ha baa ka ba mamela.+
20 Moea+ oa Molimo oa aparela+ Zakaria+ mora oa moprista Jehojada,+ hoo a ileng a ema ka holim ’a batho ’me a re ho bona: “Sena ke seo Molimo oa ’nete a se boletseng, ‘Ke hobane’ng ha le tlōla litaelo tsa Jehova, e le hore le se ke la atleha?+ Kahobane le tlohetse Jehova, le eena o tla le tlohela.’”+ 21 Qetellong ba mo rerela bolotsana+ ’me ba mo tlepetsa ka majoe+ ka taelo ea morena lebaleng la ntlo ea Jehova. 22 Morena Joase ha aa ka a hopola mosa o lerato oo ntat’ae Jehojada a neng a o bontšitse ho eena,+ hoo a ileng a bolaea mora oa hae, eo eitseng ha a le makhatheng a lefu, a ileng a re: “Jehova a ke a ho bone ’me a ho batle.”+
23 Eitse ha selemo se thoasa+ lebotho la sesole la Syria+ la mo futuhela,+ ’me ba qala ho futuhela Juda le Jerusalema. Joale ba timetsa likhosana+ tsohle tsa sechaba har’a batho, ’me thepa eohle ea bona e hapuoeng ba e romela ho morena oa Damaseka.+ 24 Etsoe lebotho la sesole la Basyria le ile la futuha+ ka banna ba fokolang ka palo, ’me Jehova a nehelana ka lebotho la sesole le leholo haholo+ matsohong a bona, hobane ba ne ba tlohetse Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona; ba phethisa liketso tsa kahlolo+ ho Joase. 25 Eitse ha ba tloha ho eena (etsoe ba ile ba mo siea a e-na le mafu a mangata haholo),+ bahlanka ba hae ba mo rerela bolotsana+ ka lebaka la mali+ a bara ba moprista Jehojada;+ ba mo bolaela setulong sa hae se kang bethe, hoo a ileng a shoa.+ Joale ba mo pata Motseng oa Davida,+ empa ha baa ka ba mo pata libakeng tsa lepato tsa marena.+
26 Bana ke ba ileng ba mo rerela bolotsana: Zabade+ mora oa Shimeathe mosali oa Moammone le Jozabade mora oa Shimerithe mosali oa Momoabe. 27 Ha e le bara ba hae le liphatlalatso tse ngata khahlanong le eena+ le ho thehoa+ ha ntlo ea Molimo oa ’nete, li ngotsoe tlhalosong ea Buka+ ea Marena. Mora oa hae Amazia+ a qala ho busa sebakeng sa hae.
25 Amazia+ ea e-ba morena ha a le lilemo li mashome a mabeli a metso e mehlano, ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse mashome a mabeli a metso e robong. Lebitso la ’m ’ae e ne e le Joadane+ oa Jerusalema. 2 A tsoela pele ho etsa se nepahetseng mahlong+ a Jehova, feela eseng ka pelo e feletseng.+ 3 Eitse hang ha ’muso o le matla ho eena, ka potlako a bolaea+ bahlanka+ ba hae ba neng ba bolaile morena ntat’ae.+ 4 Ha aa ka a bolaea bara ba bona, empa a etsa ho ea ka se ngoliloeng molaong, bukeng ea Moshe,+ oo Jehova a o laetseng, a re: “Bo-ntate ha baa lokela ho shoela bara,+ leha e le hore bara ba lokela ho shoela bo-ntate;+ empa e mong le e mong o lokela ho shoela sebe sa hae.”+
5 Amazia a phutha Bajuda ’me a ba emisa ho ea ka ntlo ea baholo-holo,+ ka balaoli ba ba likete+ le ka balaoli ba ba makholo+ bakeng sa Juda eohle le Benjamine; a tsoela pele ho ba ngolisa ho tloha ka ba lilemo li mashome a mabeli+ ho ea holimo, ’me qetellong a fumana e le banna ba khethehileng ba likete tse makholo a mararo ba tsoelang lebothong, ba tšoarang lerumo+ le thebe e khōlō.+ 6 Ho ekelletsa moo, ka litalenta tsa silevera tse lekholo a hira banna ba likete tse lekholo ba sebete, ba matla ba tsoang Iseraele. 7 Monna ea itseng oa Molimo+ oa ’nete a tla ho eena, a re: “Morena, u se ke ua lumella hore lebotho la Iseraele le tle le uena, kaha Jehova ha a eo ho Iseraele,+ ke hore, bara bohle ba Efraime. 8 Empa tloo, u nke bohato, u be sebete bakeng sa ntoa.+ Molimo oa ’nete a ka etsa hore u khoptjoe ka pel’a sera; etsoe Molimo o na le matla a ho thusa+ le a ho baka ho khoptjoa.”+ 9 Eaba Amazia+ o re ho monna oa Molimo oa ’nete: “Empa ho ka etsoa’ng ka litalenta tse lekholo tseo ke li fileng lihlopha tsa masole a Iseraele?”+ Eaba monna oa Molimo oa ’nete o re: “Jehova o na le mokhoa oa ho u fa se sengata ho feta sena.”+ 10 Ka lebaka leo Amazia a li arola, ke hore, lihlopha tsa masole tse neng li tlile ho eena li tsoa Efraime, hore li ee ha habo tsona. Leha ho le joalo, bohale ba tsona ba tukela Juda haholo, hoo li ileng tsa khutlela ha habo tsona li halefile haholo.+
11 Amazia a ba sebete ’me a etella pele batho ba hae eaba o ea Phuleng ea Letsoai;+ a bolaea bara ba Seire,+ ba likete tse leshome ho bona.+ 12 Ho ne ho e-na le ba likete tse leshome bao bara ba Juda ba ileng ba ba hapa ba phela. Kahoo ba ba tlisa holim ’a lefika, ’me ba ba lihela ba le holim ’a lefika; kaofela ha bona ba phatloha.+ 13 Ha e le litho tsa sehlopha sa masole tseo Amazia a neng a li khutlisitse hore li se ke tsa ea le eena ntoeng,+ tsa qala ho futuhela metse ea Juda, ho tloha Samaria+ ho fihlela Bethe-horone,+ ’me tsa bolaea ba likete tse tharo ho bona le ho nka lintho tse ngata tse tlatlapuoeng.
14 Empa joale eitse ka mor’a hore Amazia a tle a tsoa bolaea Baedomo a tlisa melimo+ ea bara ba Seire ’me a ikemisetsa eona e le melimo,+ eaba o qala ho inama+ ka pel’a eona, ’me a qala ho e etsetsa mosi oa sehlabelo.+ 15 Ka lebaka leo bohale ba Jehova ba tukela Amazia, kahoo a mo romela moprofeta ’me a re ho eena: “Ke hobane’ng ha u batlile+ melimo+ ea batho e sa kang ea lopolla batho ba eona letsohong la hao?”+ 16 Eitse ha a bua le eena kapele-pele morena a re ho eena: “Na re u entse moeletsi oa morena?+ Tlohela.+ Ke hobane’ng ha ba lokela ho u bolaea?” Ka lebaka leo moprofeta a tlohela, empa a re: “Ka sebele kea tseba hore Molimo o entse qeto e tiileng ea ho u felisa,+ hobane u entse sena+ ’me ha ua mamela keletso ea ka.”+
17 Joale Amazia morena oa Juda a tšoara therisano ’me a romeletsa ho Joase mora oa Joakaze mora oa Jehu morena oa Iseraele,+ a re: “Tloo! A re shebane mahlong.”+ 18 Eaba Joase morena oa Iseraele o romeletsa ho Amazia morena oa Juda, o re:+ “Setlama-tlama se meutloa se neng se le Lebanone se ile sa romeletsa ho kedare e neng e le Lebanone,+ sa re, ‘Neha mora oa ka morali oa hao hore e be mosali oa hae.’+ Leha ho le joalo, sebata+ sa naha se neng se le Lebanone se ile sa feta ’me sa hatakela setlama-tlama se meutloa. 19 U ipoleletse ho re, Bona! u bolaile Edomo.+ Pelo+ ea hao e u phahamisitse hore u tlotlisoe.+ Joale tsoela pele u lutse ka tlung+ ea hao. Ke hobane’ng ha u kenella ho qabaneng u le boemong+ bo bobe e le hore u oe, uena hammoho le Juda?”+
20 Empa Amazia ha aa ka a mamela; kaha ho ne ho tsoa ho Molimo+ oa ’nete ka morero oa ho nehelana ka bona letsohong la hae, hobane ba ne ba batlile melimo ea Edomo.+ 21 Kahoo Joase morena oa Iseraele a nyoloha,+ eaba ba shebana mahlong,+ eena le Amazia morena oa Juda, ba le Bethe-shemeshe,+ ea Juda. 22 Bajuda ba hlōloa ka pel’a Baiseraele,+ hoo e mong le e mong a ileng a balehela tenteng ea hae.+ 23 Ke Amazia morena oa Juda, mora oa Joase mora oa Joakaze, eo Joase morena oa Iseraele a ileng a mo tšoara+ Bethe-shemeshe, ka mor’a moo a mo tlisa Jerusalema+ eaba o phunya lerako la Jerusalema, ho tloha Hekeng ea Efraime+ ho fihlela Hekeng e Sekhutlong,+ litsoe tse makholo a mane. 24 A nka khauta eohle le silevera le lintho tsohle tse neng li ka fumanoa ka tlung ea Molimo oa ’nete tse ho Obed-edomo+ le matlotlo a ntlo+ ea morena le batšoaruoa ba phapanyetsano, a ntan’o khutlela Samaria.+
25 Amazia+ mora oa Joase morena oa Juda a tsoela pele ho phela lilemo tse leshome le metso e mehlano+ ka mor’a lefu la Joase+ mora oa Joakaze morena oa Iseraele. 26 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Amazia, tsa pele le tsa ho qetela,+ bonang! na ha lia ngoloa Bukeng+ ea Marena a Juda le a Iseraele?+ 27 Ho tloha nakong ea ha Amazia a kheloha ho lateleng Jehova, ba mo etsetsa morero+ oa bolotsana Jerusalema. Qetellong a balehela Lakishe;+ empa ba romeletsa hore a saloe morao Lakishe ’me ba mo bolaela teng.+ 28 Kahoo ba mo nka ka lipere+ ’me ba mo pata le baholo-holo ba hae motseng oa Juda.+
26 Joale batho+ bohle ba Juda ba nka Uzia,+ a le lilemo li leshome le metso e tšeletseng, ’me ba mo etsa+ morena sebakeng sa ntat’ae Amazia.+ 2 Ke eena ea ileng a tsosolosa Elothe+ a ntan’o e busetsa ho Juda ka mor’a hore morena a robale le baholo-holo ba hae.+ 3 Uzia+ o ne a le lilemo li leshome le metso e tšeletseng ha a qala ho busa, ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse mashome a mahlano a metso e ’meli. Lebitso la ’m ’ae e ne e le Jekolia+ oa Jerusalema. 4 A ’na a etsa se nepahetseng mahlong+ a Jehova, ho ea ka sohle seo ntat’ae Amazia a neng a se entse.+ 5 A sekamela ho batleng+ Molimo a sa khaotse matsatsing a Zakaria, morupeli oa hore ho tšajoe Molimo oa ’nete;+ ’me, matsatsing a ho batla ha hae Jehova, Molimo oa ’nete a mo atlehisa.+
6 A tsoa ho ea loantša Bafilista+ ’me a phunya lerako la Gathe+ le lerako la Jabne+ le lerako la Ashdode,+ ka mor’a moo a haha metse sebakeng sa Ashdode+ le har’a Bafilista. 7 Molimo oa ’nete a tsoela pele ho mo thusa+ khahlanong le Bafilista le khahlanong le Maarabia+ a neng a lula Gurebaale le Meunime.+ 8 Baammone+ ba qala ho fa Uzia sethabathaba.+ Qetellong botumo+ ba hae ba fihla Egepeta, kaha o ile a bontša matla ka tekanyo e sa tloaelehang. 9 Ho feta moo, Uzia a haha litora+ Jerusalema Hekeng e Sekhutlong+ le Hekeng ea Phula+ le Setšehetsong, ’me a li tiisa. 10 Ho ekelletsa moo, a haha litora+ lefeelleng, ’me a cheka liliba tse ngata (etsoe o ne a e-na le liphoofolo tse ngata tse ruiloeng), le Shefela+ le sehlabeng. Ho ne ho e-na le lihoai le balemi ba morara lithabeng le Karmele, etsoe o ne a rata temo.
11 Ho feta moo, Uzia a ba le lebotho le loanang, ba tsoang ka tšebeletso ea sesole e le lihlopha tsa masole,+ ka palo ea ho ngolisoa+ ha bona ka letsoho la mongoli+ Jeiele le Maseia molaoli ea tlas’a taolo+ ea Hanania oa likhosana tsa morena.+ 12 Palo eohle ea lihlooho tsa malapa a habo ntat’a bona,+ ea banna ba sebete,+ ba matla,+ e ne e le likete tse peli le makholo a tšeletseng. 13 Tlas’a taolo ea bona mabotho a sesole e ne e le banna ba likete tse makholo a mararo le metso e supileng le makholo a mahlano ba loanang ka matla a lebotho la sesole ho thusa morena khahlanong le sera.+ 14 Uzia a tsoela pele ho ba lokisetsa, bakeng sa lebotho lohle, lithebe+ le marumo+ le lihelmete+ le liaparo tse makhakhapha a tšepe+ le liqha+ le majoe a matjeketjane.+ 15 Ho ekelletsa moo, a etsa likofuto tsa ntoa Jerusalema, tse qapiloeng ke baetsi ba likofuto tsa mesebetsi, e le hore li ka ba holim ’a litora+ le holim ’a likhutlo, hore li fule metsu le majoe a maholo. Ka lebaka leo botumo+ ba hae ba fihla hōle, etsoe o ile a thusoa ka ho hlollang ho fihlela a e-ba matla.
16 Leha ho le joalo, hang ha a le matla, pelo ea hae ea ikhohomosa+ ho fihlela boemong ba ho baka tšenyo,+ hoo a ileng a etsa ka ho se tšepahale ho Jehova Molimo oa hae ’me a kena ka tempeleng ea Jehova hore a chese libano holim ’a aletare ea libano.+ 17 Kapele-pele moprista Azaria a e-na le baprista ba Jehova, banna ba sebete ba mashome a robeli, ba kena ka mor’a hae. 18 Joale ba ema khahlanong le Morena Uzia+ ’me ba re ho eena: “Uzia, hase mosebetsi oa hao+ ho chesetsa Jehova libano, empa ke mosebetsi oa baprista bara ba Arone,+ ba halalelitsoeng, hore ba chese libano. Tsoa sehalalelong; etsoe u entse ka ho se tšepahale, ’me ha ho u tlisetse khanya+ ea letho e tsoang ho Jehova Molimo.”
19 Empa Uzia a halefa+ ha pitsa+ ea ho chesetsa libano e sa ntse e le letsohong la hae, ’me, ha a ntse a halefetse baprista, lepera+ la hlaha+ ka tšohanyetso phatleng ea hae ka pel’a baprista ka tlung ea Jehova ka thōko ho aletare ea libano. 20 Ha moprista ea ka sehloohong Azaria le baprista bohle ba retelehela ho eena, bonang! o ne a otliloe ka lepera phatleng!+ Kahoo ba qala ho mo tlosa moo ka maikutlo a phahameng, ’me le eena a potlakela ho tsoa, hobane Jehova o ne a mo otlile.+
21 Morena Uzia+ a tsoela pele e le molepera ho fihlela letsatsing la lefu la hae, ’me a ’na a lula ka tlung a lokolotsoe mesebetsing, e le molepera;+ etsoe o ne a tlositsoe ntlong ea Jehova, ha mora oa hae Jothame a ntse a okametse ntlo ea morena, a ahlola batho ba naha.
22 Litaba tse ling kaofela tsa Uzia,+ tsa pele le tsa ho qetela, moprofeta Esaia+ mora oa Amoze+ o li ngotse. 23 Qetellong Uzia a robala le baholo-holo ba hae; kahoo ba mo pata le baholo-holo ba hae, empa e le tšimong ea lepato ea marena,+ etsoe ba ile ba re: “Ke molepera.” Mora oa hae Jothame+ a qala ho busa sebakeng sa hae.
27 Jothame+ o ne a le lilemo li mashome a mabeli a metso e mehlano ha a qala ho busa, ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse leshome le metso e tšeletseng. Lebitso la ’m ’ae e ne e le Jerusha+ morali oa Tsadoke. 2 A ’na a etsa se nepahetseng mahlong+ a Jehova, ho ea ka sohle seo ntat’ae Uzia a neng a se entse.+ Feela ha aa ka a kena ka tempeleng ea Jehova.+ Leha ho le joalo, batho ba ne ba sa ntse ba etsa ka mokhoa o senyang.+ 3 A haha heke e ka holimo+ ea ntlo ea Jehova, ’me a haha haholo lerakong la Ofele.+ 4 A haha metse+ sebakeng se lithaba sa Juda,+ ’me merung+ a haha libaka tse etselitsoeng liqhobosheane+ le litora.+ 5 A loantša morena oa bara ba Ammone+ ’me qetellong a ba matla ho ba feta, hoo ka selemo seo bara ba Ammone ba ileng ba mo fa litalenta tsa silevera tse lekholo le litekanyo tsa kore+ tse likete tse leshome tsa koro+ le tse likete tse leshome tsa harese.+ Sena ke seo bara ba Ammone ba ileng ba mo lefa sona, le ka selemo sa bobeli le sa boraro.+ 6 Kahoo Jothame a ’na a imatlafatsa, etsoe o ile a lokisa litsela tsa hae ka pel’a Jehova Molimo oa hae.+
7 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Jothame+ le lintoa tsohle tsa hae le litsela tsa hae, li ngotsoe Bukeng+ ea Marena a Iseraele le a Juda. 8 Ha a qala ho busa o ne a le lilemo li mashome a mabeli a metso e mehlano, ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse leshome le metso e tšeletseng.+ 9 Qetellong Jothame a robala le baholo-holo ba hae,+ ’me ba mo pata Motseng oa Davida.+ Mora oa hae Akaze+ a qala ho busa sebakeng sa hae.
28 Akaze+ o ne a le lilemo li mashome a mabeli ha a qala ho busa, ’me a busa Jerusalema+ ka lilemo tse leshome le metso e tšeletseng, ’me ha aa ka a etsa se nepahetseng mahlong a Jehova joaloka moholo-holo oa hae Davida.+ 2 Empa a tsamaea litseleng tsa marena a Iseraele,+ ’me a etsa le liemahale tsa bo-Baale+ tse entsoeng ka ho qhibilihisoa.+ 3 A etsa mosi+ oa sehlabelo phuleng ea mora oa Hinome+ ’me a chesa bara+ ba hae mollong, ho ea ka lintho tse manyala+ tsa lichaba tseo Jehova a neng a li lelekile ka pel’a bara ba Iseraele.+ 4 Kamehla o ne a etsa sehlabelo+ le ho etsa mosi oa sehlabelo libakeng tse phahameng+ le holim ’a maralla+ le ka tlas’a sefate sa mofuta o mong le o mong o behang haholo.+
5 Ka lebaka leo Jehova Molimo oa hae a nehelana ka eena letsohong+ la morena oa Syria,+ hoo ba ileng ba mo hlaba ’me ba hapa baholehuoa ba bangata ho eena ’me ba ba tlisa Damaseka.+ Hape ha nehelanoa ka eena letsohong la morena oa Iseraele,+ hoo a ileng a mo bolaea ka polao e khōlō. 6 Ka lebaka leo Peka+ mora oa Remalia+ a bolaea ba likete tse lekholo le mashome a mabeli ka letsatsi le le leng Juda, kaofela e le banna ba sebete, ka lebaka la ho tlohela ha bona Jehova+ Molimo oa baholo-holo ba bona. 7 Ho ekelletsa moo, Zikri, monna ea matla oa Efraime,+ a bolaea Maseia mora oa morena le Azrikame moeta-pele oa ntlo le Elkana ea hlahlamang morena. 8 Ho feta moo, bara ba Iseraele ba isa kholehong bara babo bona ba likete tse makholo a mabeli, basali, bara le barali; ba nka le thepa e hapuoeng e ngata ho bona e le thepa e tlatlapuoeng, ka mor’a moo ba tlisa thepa e hapuoeng Samaria.+
9 Ho ne ho e-na le moprofeta oa Jehova moo eo lebitso la hae e neng e le Odede. Kahoo a tsoela ka pel’a lebotho le neng le tla Samaria ’me a re ho lona: “Bonang! Ke ka lebaka la khalefo+ ea Jehova Molimo oa baholo-holo ba lōna khahlanong le Juda a nehelaneng ka bona matsohong a lōna, hoo le bolaileng har’a bona ka khalefo+ e fihlileng maholimong.+ 10 Joale le nahana ho etsa bara ba Juda le ba Jerusalema bahlanka+ le makhabunyane a lōna. Leha ho le joalo, na lōna ha le molato ho Jehova Molimo oa lōna? 11 Joale ’mameleng ’me le khutlise baholehuoa bao le ba hapileng ho barab’abo lōna,+ etsoe bohale bo tukang ba Jehova bo khahlanong le lōna.”+
12 Eaba banna ba itseng bao e leng lihlooho+ tsa bara ba Efraime,+ Azaria mora oa Johanane, Berekia mora oa Meshilemothe le Jehizekia mora oa Shalume le Amasa mora oa Hadlai, ba tsohela ba tsoang phutuhong ea sesole matla, 13 ’me ba re ho bona: “Le se ke la tlisa baholehuoa mona, kaha ho tla fella ka hore re be molato ho Jehova. Le nahana ho eketsa libe tsa rōna le molato oa rōna, etsoe re na le molato o moholo,+ ’me ho na le bohale+ bo tukelang Iseraele.” 14 Ka lebaka leo banna ba hlometseng+ ba tlohela baholehuoa+ le se tlatlapuoeng ka pel’a likhosana+ le phutheho eohle. 15 Joale banna ba neng ba khethiloe ka mabitso+ ba ema ’me ba tšoara baholehuoa, ’me bohle ba bona ba hlobotseng ba ba apesa se tsoang thepeng e hapuoeng. Kahoo ba ba apesa+ ’me ba ba fa meqathatso le ho ba fepa+ le ho ba fa se nooang+ le ho ba tlotsa ka oli. Ho feta moo, leha e le bafe ba neng ba therekela, ba ba tsamaisa+ ka liesele ’me ba ba tlisa Jeriko,+ motseng oa lifate tsa palema,+ ka thōko ho barab’abo bona. Ka mor’a moo ba khutlela Samaria.+
16 Ka nako eo Morena Akaze+ a romeletsa ho marena a Assyria+ hore a mo thuse. 17 Baedomo+ ba boela ba kena ’me ba qala ho hlasela Juda le ho hapa baholehuoa. 18 Ha e le Bafilista,+ ba futuhela metse ea Shefela+ le Negebe+ ea Juda ’me ba hapa Bethe-shemeshe+ le Ajalone+ le Gederothe+ le Soko+ le metse e itšetlehileng ka eona le Timna+ le metse e itšetlehileng ka eona le Gimzo le metse e itšetlehileng ka eona; ba lula moo. 19 Etsoe Jehova o ile a kokobetsa+ Juda ka lebaka la Akaze morena oa Iseraele, hobane o ile a tlohela ho hloka taolo hore ho hōle Juda,+ ’me ho ne ho bile le ho se tšepahale ho hoholo mabapi le Jehova.
20 Qetellong Tilgathe-pilnesere+ morena oa Assyria a mo futuhela ’me a mo bakela mahlomola,+ ’me ha aa ka a mo matlafatsa. 21 Etsoe Akaze o ile a nka sohle sa ntlo ea Jehova+ le ntlo ea morena+ le ea likhosana+ ’me kahoo a fana ka mpho ho morena oa Assyria;+ empa ha hoa ka ha mo thusa ka letho. 22 Leha ho le joalo, nakong eo a neng a mo bakela mahlomola, o ile a etsa ka ho se tšepahale haholoanyane ho Jehova, ke hore, Morena Akaze a etsa joalo.+ 23 A qala ho etsa sehlabelo bakeng sa melimo+ ea Damaseka+ e neng e mo hlasela, ’me a tsoela pele ho re: “Kahobane melimo ea morena oa Syria ea ba thusa,+ ke tla e etsetsa sehlabelo, e le hore e ka nthusa.”+ Ea fetoha sesosa sa ho etsa hore eena le Baiseraele bohle ba khoptjoe.+ 24 Ho feta moo, Akaze a bokella lisebelisoa+ tsa ntlo ea Molimo oa ’nete ’me a pshatla lisebelisoa tsa ntlo ea Molimo oa ’nete,+ le ho koala mamati+ a ntlo ea Jehova, eaba o iketsetsa lialetare sekhutlong se seng le se seng Jerusalema.+ 25 Metseng eohle, esita le metseng ea Juda, a etsa libaka tse phahameng+ bakeng sa ho etsetsa melimo e meng mosi oa sehlabelo,+ hoo a ileng a siteloa+ Jehova Molimo oa baholo-holo ba hae.
26 Ha e le litaba+ tsa hae tse ling kaofela le litsela tsohle tsa hae, tsa pele le tsa ho qetela, li ngotsoe Bukeng+ ea Marena a Juda le a Iseraele. 27 Qetellong Akaze a robala le baholo-holo ba hae, ’me ba mo pata motseng, Jerusalema, etsoe ha baa ka ba mo tlisa libakeng tsa lepato tsa marena a Iseraele.+ Mora oa hae Ezekiase a qala ho busa sebakeng sa hae.
29 Ezekiase+ ea e-ba morena ha a le lilemo li mashome a mabeli a metso e mehlano, ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse mashome a mabeli a metso e robong. Lebitso la ’m ’ae e ne e le Abija morali oa Zakaria.+ 2 A ’na a etsa se nepahetseng mahlong+ a Jehova, ho ea ka sohle seo moholo-holo oa hae Davida a neng a se entse.+ 3 Ka selemo sa pele sa ho busa ha hae, ka khoeli ea pele, a bula mamati a ntlo ea Jehova ’me a qala ho a lokisa.+ 4 Joale a tlisa baprista le Balevi ’me a ba bokellela sebakeng+ se sabaletseng ka bochabela. 5 A re ho bona: “’Mameleng, lōna Balevi. Joale ikhalaletseng+ ’me le halaletse ntlo ea Jehova Molimo oa baholo-holo ba lōna, ’me le ntše ntho e litšila sebakeng se halalelang.+ 6 Etsoe bo-ntat’a rōna ba entse ka ho se tšepahale+ ’me ba entse se sebe mahlong a Jehova Molimo oa rōna,+ hoo ba ileng ba mo tlohela+ ’me ba retelletsa lifahleho tsa bona hōle le tabernakele ea Jehova+ ’me ba e furalla. 7 Ba boela ba koala mamati+ a mathule eaba ba boloka mabone a tinngoe,+ ’me ha baa ka ba chesa libano,+ ’me ha baa ka ba nyehela ho Molimo oa Iseraele sehlabelo sa secheso sebakeng se halalelang.+ 8 Jehova a halefela+ Bajuda le ba Jerusalema, hoo a ileng a ba etsa ntho eo ho thothomeloang ka lebaka la eona,+ ntho e makalloang+ le sesosa sa ho letsa mololi,+ feela joalokaha le iponela ka mahlo. 9 Bonang! baholo-holo ba rōna ba ile ba oa ka sabole,+ ’me ka lebaka lena bara ba rōna le barali ba rōna le basali ba rōna ba ne ba le kholehong.+ 10 Joale ke takatso ea pelo ea ka ho hlaba selekane+ le Jehova Molimo oa Iseraele, e le hore bohale ba hae bo tukang bo ka tloha ho rōna. 11 Joale, bara ba ka, le se ke la itlohella hore le phomole,+ etsoe ke lōna bao Jehova a ba khethileng hore le eme ka pel’a hae ho mo sebeletsa+ le ho tsoela pele le le basebeletsi+ ba hae le ba etsang mosi oa sehlabelo.”+
12 Eaba Balevi+ baa ema, Mahathe mora oa Amasai le Joele mora oa Azaria oa bara ba Bakohathe;+ ho bara ba Merari,+ e le Kishe mora oa Abdi le Azaria mora oa Jehaleliele; ho Bagershone,+ e le Jooa mora oa Zima le Edene mora oa Jooa; 13 ho bara ba Elizafane,+ e le Shimri le Jeuele; ho bara ba Asafe,+ e le Zakaria le Matania; 14 ho bara ba Hemane,+ e le Jehiele le Shimei; ho bara ba Jeduthune,+ e le Shemaia le Uziele. 15 Joale ba bokella barab’abo bona le ho ikhalaletsa+ ’me ba tla ho ea ka taelo ea morena ka mantsoe+ a Jehova, hore ba hloekise+ ntlo ea Jehova. 16 Joale baprista ba kena ka har’a ntlo ea Jehova hore ba hloekise ’me ba ntša ho se hloeke hohle hoo ba ileng ba ho fumana ka tempeleng ea Jehova ba ho isa lebaleng+ la ntlo ea Jehova. Balevi le bona ba ho amohela hore ba ho ntšetse ka ntle phuleng ea molapo o phoroselang ea Kidrone.+ 17 Kahoo ba qalella ho halaletsa ka letsatsi la pele la khoeli ea pele, ’me ka letsatsi la borobeli la khoeli ba tla mathuleng+ a Jehova; hoo ba ileng ba halaletsa ntlo ea Jehova ka matsatsi a robeli, ’me ba qeta ka letsatsi la leshome le metso e tšeletseng la khoeli ea pele.+
18 Ka mor’a moo ba kena ho Morena Ezekiase ’me ba re: “Re hloekisitse ntlo eohle ea Jehova, aletare+ ea nyehelo ea secheso le lisebelisoa+ tsohle tsa eona, le tafole+ ea bohobe bo kolohantsoeng le lisebelisoa+ tsohle tsa eona. 19 Re lokisitse lisebelisoa+ tsohle tseo Morena Akaze+ a neng a entse hore li se ke tsa sebelisoa nakong ea puso ea hae ka ho se tšepahale+ ha hae, ’me re li halalelitse;+ li ka pel’a aletare ea Jehova.”
20 Morena Ezekiase+ a tsoha hoseng+ ’me a bokella likhosana+ tsa motse eaba o nyolohela ntlong ea Jehova. 21 Ba tlisa lipoho+ tse supileng le lipheleu tse supileng le likonyana tse tona tse supileng le liphooko tse supileng e le nyehelo ea sebe+ bakeng sa ’muso le bakeng sa sehalalelo le bakeng sa Juda. Kahoo a re bara ba Arone baprista+ ba li nyehele aletareng ea Jehova. 22 Ka lebaka leo ba hlaba+ likhomo ’me baprista ba amohela mali+ eaba ba a fafatsa+ holim ’a aletare; ka mor’a moo ba hlaba lipheleu+ ’me ba fafatsa mali+ holim ’a aletare, eaba ba hlaba likonyana tse tona ’me ba fafatsa mali holim ’a aletare. 23 Joale ba atametsa liphooko+ tsa nyehelo ea sebe ka pel’a morena le phutheho ’me ba li beha matsoho.+ 24 Joale baprista ba li hlaba ’me ba etsa nyehelo ea sebe ka mali a tsona aletareng, ho koahela libe bakeng sa Baiseraele bohle;+ hobane morena o ne a itse ho lokela+ hore ho be le nyehelo ea secheso le nyehelo ea sebe bakeng sa Baiseraele bohle.+
25 Khabareng, a emisa Balevi+ ntlong ea Jehova, ba tšoere licymbala,+ ba tšoere liletsa tse likhoele+ ’me ba tšoere liharepa,+ ka taelo ea Davida+ le ea Gade+ ea bonang lipono bakeng sa morena le ea moprofeta Nathane,+ etsoe taelo eo e ne e fanoe ka letsoho la Jehova ka baprofeta ba hae.+26 Kahoo Balevi ba ’na ba ema ba tšoere liletsa+ tsa Davida, ’me baprista ba tšoere literompeta.+
27 Joale Ezekiase a re ho nyeheloe sehlabelo sa secheso aletareng; nakong ea ha nyehelo ea secheso e qala, pina+ ea Jehova ea qala hammoho le literompeta, tlas’a tataiso ea liletsa tsa Davida morena oa Iseraele. 28 Phutheho eohle e ne e inama+ ha pina e ntse e khabola+ le literompeta li llela holimo—sena sohle sa etsahala ho fihlela nyehelo ea secheso e qetiloe. 29 Hang ha ba qetile ho e nyehela, morena hammoho le bohle ba ileng ba fumanoa ba e-na le eena ba inama ’me ba itihela fatše ka lifahleho.+ 30 Joale morena Ezekiase le likhosana+ ba re Balevi ba rorise Jehova ka mantsoe a Davida+ le a Asafe+ ea bonang lipono. Kahoo ba qala ho fana ka thoriso ka thabo,+ ’me ba ’na ba khumama le ho itihela fatše ka lifahleho.+
31 Qetellong Ezekiase a araba ’me a re: “Joale le tlatsitse+ matsoho a lōna ka matla bakeng sa Jehova. Atamelang, ’me le tlise mahlabelo+ le mahlabelo a liteboho+ ntlong ea Jehova.” Phutheho ea qala ho tlisa mahlabelo le mahlabelo a liteboho, hape e mong le e mong eo pelo ea hae e ratang, a tlisa linyehelo tsa secheso.+ 32 Palo ea linyehelo tsa secheso tseo phutheho e ileng ea li tlisa ea e-ba likhomo tse mashome a supileng, lipheleu tse lekholo, likonyana tse tona tse makholo a mabeli—tsena tsohle e le nyehelo ea secheso ea Jehova;+ 33 le linyehelo tse halalelang, e le likhomo tse makholo a tšeletseng le tse likete tse tharo tsa mohlape oa likhutšoane. 34 Ke baprista+ feela ba neng ba le ’maloa haholo, ’me ba ne ba sa khone ho bua linyehelo tsohle tsa secheso.+ Kahoo barab’abo+ bona ba Balevi ba ba thusa ho fihlela mosebetsi o phethiloe+ le ho fihlela baprista ba ka ikhalaletsa, etsoe Balevi+ ba ne ba e-na le lipelo tse lokileng+ bakeng sa ho ikhalaletsa ho feta baprista. 35 Hape, linyehelo tsa secheso+ li ne li le ngata haholo le likarolo tse nonneng+ tsa mahlabelo a kopanetsoeng+ le linyehelo tsa lino+ bakeng sa linyehelo tsa secheso. Ka tsela eo tšebeletso ea ntlo ea Jehova e ile ea lokisoa.+ 36 Ka lebaka leo Ezekiase le batho bohle ba thaba ka lebaka la hore Molimo oa ’nete o ne a etselitse batho tokisetso,+ hobane ntho eo e ne e etsahetse ka tšohanyetso.+
30 Ezekiase a romeletsa ho Baiseraele+ bohle le Bajuda, ’me a ngolla Efraime+ le Manase+ mangolo, hore ba tle ntlong ea Jehova+ Jerusalema ho tla tšoarela Jehova Molimo oa Iseraele paseka.+ 2 Leha ho le joalo, morena le likhosana+ tsa hae le phutheho+ eohle e Jerusalema ba etsa qeto e tiileng ea ho tšoara paseka ka khoeli ea bobeli;+ 3 etsoe ba ne ba sa khona ho e tšoara ka nako eo,+ hobane ka lehlakoreng le leng, ho ne ho se na baprista+ ba lekaneng ba ikhalalelitseng ’me ka lehlakoreng le leng, batho ba ne ba sa phuthehela Jerusalema. 4 Ntho eo e ne e nepahetse mahlong a morena le mahlong a phutheho eohle.+ 5 Kahoo ba etsa qeto ea ho fetisa mohoo+ ho pholletsa le Iseraele eohle, ho tloha Beerseba+ ho ea Dane,+ oa hore ba tl’o tšoarela Jehova Molimo oa Iseraele paseka Jerusalema; etsoe ba ne ba sa etsa seo+ e le letšoele ho ea ka se ngoliloeng.+
6 Ka lebaka leo limathi+ tse nkileng mangolo a tsoang letsohong la morena le likhosana+ tsa hae tsa pholletsa le Iseraele eohle le Juda, esita le ho ea ka taelo ea morena, e reng: “Lōna bara ba Iseraele, khutlelang+ ho Jehova Molimo+ oa Abrahama, Isaka le Iseraele, e le hore a ka khutlela ho ba phonyohileng+ ba setseng ho lōna ba tsoang liatleng tsa marena a Assyria.+ 7 Le se ke la ba joaloka baholo-holo+ ba lōna le joaloka barab’abo lōna ba ileng ba etsa ka ho se tšepahale ho Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona, hoo a ileng a ba etsa ntho e makalloang,+ feela joalokaha le bona. 8 Joale le se ke la satalatsa melala+ joalokaha baholo-holo ba lōna ba entse. Fang Jehova+ sebaka ’me le tle sehalalelong+ sa hae seo a se halalelitseng+ ho isa nakong e sa lekanyetsoang ’me le sebeletse+ Jehova Molimo oa lōna, e le hore bohale+ ba hae bo tukang bo ka tloha ho lōna. 9 Etsoe ha le khutlela+ ho Jehova, barab’abo lōna le bara ba lōna ba tla hauheloa+ ke ba ba tšoereng e le baholehuoa, ’me ba lumelloe ho khutlela naheng ena;+ etsoe Jehova Molimo oa lōna o mosa+ ebile o mohau,+ ’me a ke ke a reteletsa sefahleho hōle le lōna haeba le khutlela ho eena.”+
10 Kahoo limathi+ tsa tsoela pele, tsa feta motseng o mong ho ea ho o mong ho pholletsa le naha ea Efraime+ le Manase, esita le ho ea Zabulone; empa ba ne ba li soma le ho li fetola litšeho ba sa khaotse.+ 11 Ke batho+ ba tsoang Ashere le Manase le Zabulone feela ba ileng ba ikokobetsa+ hoo ba ileng ba tla Jerusalema. 12 Letsoho la Molimo oa ’nete le ne le boetse le le ho Bajuda ho ba fa pelo+ e le ’ngoe hore ba phethe taelo+ ea morena le likhosana tabeng ea Jehova.+
13 Ba bokana Jerusalema,+ e le batho ba bangata, hore ba tšoare mokete+ oa mahobe a sa lomosoang ka khoeli ea bobeli,+ e le phutheho e khōlō haholo. 14 Joale ba ema ’me ba tlosa lialetare+ tse neng li le Jerusalema, ’me ba tlosa lialetare+ tsohle tsa libano eaba ba li lahlela ka phuleng ea molapo o phoroselang ea Kidrone.+ 15 Ka mor’a moo ba hlaba phofu ea paseka+ ka letsatsi la leshome le metso e mene la khoeli ea bobeli; baprista le Balevi ba ne ba kokobelitsoe, hoo ba ileng ba ikhalaletsa+ ’me ba tlisa linyehelo tsa secheso ntlong ea Jehova. 16 Ba ’na ba ema+ sebakeng sa bona ho ea ka molao oa bona, ho ea ka molao oa Moshe monna oa Molimo oa ’nete, baprista+ ba ntse ba fafatsa mali ao ba a amohetseng matsohong a Balevi. 17 Etsoe ho ne ho e-na le ba bangata phuthehong ba neng ba sa ikhalaletsa; Balevi+ ba ne ba ikarabella ho hlabeng liphofu+ tsa paseka bakeng sa bohle ba neng ba sa hloeka, ho ba halaletsa ho Jehova. 18 Etsoe ho ne ho e-na le palo e khōlō ea batho, ba bangata ba tsoa Efraime+ le Manase,+ Isakare le Zabulone,+ ba neng ba sa itlhoekisa,+ etsoe ha baa ka ba ja paseka ho ea ka se ngoliloeng;+ empa Ezekiase a ba rapella,+ a re: “E se eka Jehova ea molemo+ a ka ela hloko 19 e mong le e mong ea lokisitseng pelo+ ea hae hore e batle Molimo oa ’nete, Jehova, Molimo oa baholo-holo ba hae, le hoja a sa hloekisoa bakeng sa se halalelang.”+ 20 Ka lebaka leo Jehova a mamela Ezekiase ’me a folisa batho.+
21 Kahoo bara ba Iseraele ba ileng ba fumanoa Jerusalema ba tšoara mokete+ oa mahobe a sa lomosoang ka matsatsi a supileng ka thabo+ e khōlō; Balevi+ le baprista+ ba ne ba fana ka thoriso ho Jehova letsatsi le letsatsi ka liletsa tse nang le molumo o phahameng, ba fana ka thoriso ho Jehova.+ 22 Ho feta moo, Ezekiase a bua le lipelo+ tsa Balevi bohle ba neng ba etsa ka masene ho Jehova.+ Ba ja mokete o behiloeng ka matsatsi a supileng,+ ba ntse ba etsa mahlabelo+ a kopanetsoeng ’me ba ipolela+ ho Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona.
23 Joale phutheho eohle ea etsa qeto+ ea ho o tšoara ka matsatsi a mang a supileng,+ kahoo ba o tšoara ka matsatsi a supileng ka thabo. 24 Etsoe Ezekiase morena oa Juda o ile a nehelana+ ka lipoho tse sekete le linku tse likete tse supileng bakeng sa phutheho, ’me likhosana+ tsa nehelana ka lipoho tse sekete le linku tse likete tse leshome bakeng sa phutheho; baprista+ ba ’na ba ikhalaletsa ba le bangata. 25 Phutheho eohle ea Juda+ le baprista le Balevi+ le phutheho eohle e neng e tsoa Iseraele+ le bajaki+ ba neng ba tsoa naheng ea Iseraele+ le ba lulang Juda ba tsoela pele ho thaba.+ 26 Ha e-ba le thabo e khōlō Jerusalema, etsoe ho tloha matsatsing a Solomone+ mora oa Davida morena oa Iseraele ha hoa ka ha e-ba le e kang ena Jerusalema.+ 27 Qetellong baprista, Balevi, ba ema ’me ba hlohonolofatsa+ batho; mantsoe a bona a mameloa, hoo thapelo ea bona e ileng ea fihla sebakeng sa hae sa bolulo se halalelang, maholimong.+
31 Hang ha ba qetile sena sohle, Baiseraele+ bohle ba ileng ba fumanoa ba tsoela metseng ea Juda,+ ’me ba qhaqha litšiea tse halalelang+ le ho rema lipalo tse halalelang+ le ho heletsa libaka tse phahameng+ le lialetare+ Juda+ eohle le Benjamine le Efraime+ le Manase+ ho fihlela ba qetile; ka mor’a moo bara bohle ba Iseraele ba khutlela metseng ea bona, e mong le e mong letlotlong la hae.
2 Joale Ezekiase a beha lihlopha+ tsa baprista le tsa Balevi+ lihlopheng tsa bona, se seng le se seng tumellanong le tšebeletso ea sona bakeng sa baprista+ le bakeng sa Balevi+ mabapi le nyehelo ea secheso+ le mahlabelo a kopanetsoeng+ hore li sebeletse+ le ho leboha+ le ho fana ka thoriso+ lihekeng tsa liahelo tsa Jehova. 3 Ho ne ho e-na le karolo ea morena e tsoang thepeng+ ea hae bakeng sa linyehelo tsa secheso,+ bakeng sa linyehelo tsa secheso tsa hoseng+ le mantsiboea, le linyehelo tsa secheso bakeng sa lisabatha+ le bakeng sa likhoeli+ tse thoasitseng le bakeng sa linako tsa mokete,+ ho ea ka se ngoliloeng molaong oa Jehova.+
4 Ho feta moo, a re batho, baahi ba Jerusalema, ba fane ka karolo ea baprista+ le ea Balevi,+ e le hore ba ka khomarela+ molao oa Jehova ka tieo.+ 5 Hang ha lentsoe leo le hlaha, bara ba Iseraele+ ba eketsa litholoana tsa pele tsa lijo-thollo,+ veine+ e ncha, le oli+ le mahe a linotši+ le lihlahisoa tsohle tsa naha,+ ’me ba tlisa karolo ea leshome ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka bongata.+ 6 Bara ba Iseraele le ba Juda ba neng ba lula metseng ea Juda,+ le bona ba tlisa karolo ea leshome ea likhomo le linku le karolo ea leshome ea lintho tse halalelang,+ lintho tse halalelitsoeng ho Jehova Molimo oa bona. Ba li tlisa ’me kahoo ba fana ka liqubu-qubu. 7 Ka khoeli ea boraro+ ba qala ho etsa liqubu ka ho beha karolo e ka tlaase-tlaase, ’me ka khoeli ea bosupa+ ba qeta. 8 Ha Ezekiase le likhosana+ ba tla ’me ba bona liqubu, ba boka+ Jehova le sechaba sa hae sa Iseraele.+
9 Ka mor’a nako Ezekiase a botsa baprista le Balevi malebana le liqubu.+ 10 Joale Azaria+ moprista ea ka sehloohong oa ntlo ea Tsadoke+ a re ho eena, e, a re: “Ho tloha nakong ea ha ba qala ho tlisa monehelo+ ka tlung ea Jehova ho ’nile ha jeoa ha khoroa+ ’me ha sala lintho tse ngata;+ etsoe Jehova o hlohonolofalitse batho ba hae,+ ’me ho setseng ke lintho tsena tse ngata haholo.”
11 Eaba Ezekiase o re ho lokisoe likamore+ tsa ho jela ka tlung ea Jehova. Ka lebaka leo ba li lokisa. 12 Ka botšepehi+ ba ’na ba tlisa monehelo+ le karolo ea leshome+ le lintho tse halalelang; Konania Molevi o ne a ba laola e le moeta-pele, ’me Shimei mor’abo e le oa bobeli. 13 Jehiele le Azazia le Nahathe le Asahele le Jerimothe le Jozabade le Eliele le Ismakia le Mahathe le Benaia e ne e le balaoli lehlakoreng la Konania le Shimei mor’abo, ka taelo ea Morena Ezekiase, ’me Azaria+ e ne e le ea etellang pele oa ntlo ea Molimo oa ’nete. 14 Kore mora oa Imna Molevi e ne e le molebeli oa heke+ ka bochabela,+ a ikarabella linyehelong tsa boithaopo+ tsa Molimo oa ’nete, ho fana ka monehelo+ oa Jehova le lintho tse halalelang ka ho fetisisa.+ 15 Taolong ea hae e ne e le Edene le Miniamine le Jeshua le Shemaia, Amaria le Shekania, metseng ea baprista,+ boemong ba ho tšeptjoa,+ hore ba fe barab’abo bona ba lihlopheng,+ e moholo le e monyenyane ka ho lekana;+ 16 kantle le ba batona ba ngolisitsoeng ka meloko+ ea bona ho tloha ka ba lilemo li tharo ho ea holimo,+ bohle ba tlang ntlong ea Jehova e le taba e tloaelehileng ea letsatsi le leng le le leng, bakeng sa tšebeletso ea bona ka tlamo ho ea ka lihlopha tsa bona.
17 Bana ke ba ngolisitsoeng ka meloko ea baprista ka matlo a bo-ntat’a+ bona le a Balevi,+ ho tloha ka ba lilemo li mashome a mabeli+ ho ea holimo, ka mesebetsi ea bona lihlopheng tsa bona;+ 18 bakeng sa ho ngolisoa ka meloko har’a bana ba bona ba banyenyane kaofela, basali ba bona le bara ba bona le barali ba bona, bakeng sa phutheho eohle, hobane boemong ba bona ba ho tšeptjoa+ ba ile ba ikhalaletsa+ bakeng sa se halalelang; 19 le bakeng sa bara ba Arone,+ baprista, masimong+ a makhulo a metse ea bona. Metseng eohle e fapaneng ho ne ho e-na le banna ba khethiloeng ka mabitso a bona, hore ba fane ka likarolo ho e mong le e mong e motona har’a baprista le ho bohle ba ngolisitsoeng ka meloko har’a Balevi.
20 Ezekiase a etsa tjena Juda eohle, ’me a tsoela pele ho etsa se setle+ le se nepahetseng+ le se tšepahalang+ ka pel’a Jehova Molimo oa hae. 21 Mosebetsing o mong le o mong oo a ileng a o qala tšebeletsong+ ea ntlo ea Molimo oa ’nete le molaong+ le taelong ea ho batla+ Molimo oa hae, a etsa ka pelo+ eohle ea hae, ’me a atleha.+
32 Ka mor’a lintho tsena le tsela ena ea botšepehi+ Sankeribe+ morena oa Assyria+ a tla ’me a futuhela Juda le ho hloma liahelo khahlanong le metse e etselitsoeng liqhobosheane,+ ’me a ’na a nahana ho e etsa ea hae ka tlhaselo e phunyeletsang.
2 Ha Ezekiase a bona hore Sankeribe o ne a tlile a ikemiselitse+ ho loantša Jerusalema, 3 joale a etsa qeto le likhosana+ tsa hae le banna ba hae ba matla hore ba thibe metsi a liliba tse neng li le ka ntle ho motse;+ kahoo ba mo thusa. 4 Ka lebaka leo batho ba bangata ba phutheha, ’me ba qala ho thiba liliba tsohle le molapo o phoroselang+ o phallang bohareng ba naha, ba re: “Ke hobane’ng ha marena a Assyria a ka tla ’me a fumana metsi a mangata?”
5 Ho feta moo, a ba sebete ’me a haha lerako+ kaofela le helehileng le ho emisa litora+ holim ’a lona, ’me ka ntle a haha lerako+ le leng, a lokisa Tutulu+ ea Motse oa Davida, ’me a etsa marumo+ a mangata le lithebe.+ 6 A beha balaoli+ ba sesole hore ba okamele batho ’me a ba bokellela ho eena lepatlelong+ la heke ea motse ’me a bua le lipelo+ tsa bona, a re: 7 “E-bang sebete ’me le be matla.+ Le se ke la tšoha+ kapa la haroha letsoalo+ ka lebaka la morena oa Assyria+ le ka lebaka la bongata bohle bo nang le eena;+ etsoe ba nang le rōna ba bangata ho feta ba nang le eena. 8 Se nang le eena ke letsoho la nama,+ empa ea nang le rōna ke Jehova Molimo oa rōna ho re thusa+ le ho loana lintoa tsa rōna.”+ Batho ba qala ho itšetleha ka mantsoe a Ezekiase morena oa Juda.+
9 E bile ka mor’a sena Sankeribe+ morena oa Assyria a ileng a romela bahlanka ba hae Jerusalema, ha a ntse a le Lakishe+ hammoho le lebotho lohle la hae le leholo,+ ho Ezekiase morena oa Juda le ho Bajudea bohle ba neng ba le Jerusalema, ba re:
10 “Sena ke seo Sankeribe morena oa Assyria a se boletseng,+ ‘Le tšepile’ng ha le ntse le lutse le khutsitse ’me le thibeletsoe Jerusalema?+ 11 Na Ezekiase+ ha a le hoka-hoke+ e le hore a ka nehelana ka lōna hore le bolaoe ke tlala le lenyora, ha a re: “Jehova Molimo oa rōna o tla re lopolla seatleng sa morena oa Assyria”?+ 12 Na hase Ezekiase ea tlositseng libaka tsa hae tse phahameng+ le lialetare+ tsa hae a ntan’o re ho Bajuda le ho ba Jerusalema: “Le lokela ho inama+ ka pel’a aletare+ e le ’ngoe ’me le lokela ho etsa mosi oa sehlabelo holim ’a eona”?+ 13 Na ha le tsebe seo ’na le baholo-holo ba ka re se entseng ho lichaba tsohle tsa linaha?+ Na melimo+ ea lichaba tsa linaha ka tsela leha e le efe e ile ea khona ho lopolla linaha tsa eona letsohong la ka? 14 Ke mang har’a melimo eohle ea lichaba tsee tseo baholo-holo ba ka ba ileng ba li nehela timetso ea ileng a khona ho lopolla batho ba hae letsohong la ka, hoo Molimo oa lōna a ka khonang ho le lopolla letsohong la ka?+ 15 Joale le se ke la lumella Ezekiase hore a le thetse+ kapa a le hoka-hoke+ tjena ’me le se ke la beha tumelo ho eena, etsoe ha ho na molimo oa sechaba leha e le sefe kapa ’muso ea ileng a khona ho lopolla batho ba hae letsohong la ka le matsohong a baholo-holo ba ka. Joale, Molimo oa lōna o tla sitoa ho le lopolla hakaakang letsohong la ka!’”+
16 Bahlanka ba hae ba ’na ba bua Jehova Molimo+ oa ’nete hampe le mohlanka oa hae Ezekiase. 17 A ba a ngola le mangolo+ ho nyelisa Jehova Molimo oa Iseraele+ le ho mo bua hampe, a re: “Joaloka melimo+ ea lichaba tsa linaha e sa kang ea lopolla batho ba eona letsohong+ la ka, ka ho tšoanang Molimo oa Ezekiase a ke ke a lopolla batho ba hae letsohong la ka.” 18 Ba+ ’na ba hoeletsa ka mantsoe+ a phahameng ka puo ea Bajuda+ ho batho ba Jerusalema ba neng ba le holim ’a lerako, ho ba tšosa+ le ho ba tšoenya, e le hore ba ka hapa motse. 19 Ba tsoela pele ho bua Molimo oa Jerusalema+ hampe+ joalokaha ba ile ba bua melimo ea lichaba tsa lefatše hampe, e leng mosebetsi oa matsoho a motho.+ 20 Empa Morena Ezekiase+ le moprofeta+ Esaia+ mora oa Amoze,+ ba ’na ba rapella sena+ ’me ba hoeletsa maholimong ho kōpa thuso.+
21 Jehova a romela lengeloi+ ’me la felisa monna e mong le e mong ea sebete,+ ea matla le moeta-pele le mookameli liahelong tsa morena oa Assyria,+ hoo a ileng a khutlela naheng ea hae ka lihlong. Hamorao a kena ka tlung ea molimo oa hae ’me moo ba bang ba itseng ba neng ba tsoile lithong tsa hae tse ka hare ba mo hlatha ka sabole.+ 22 Ka tsela ena Jehova a pholosa Ezekiase le baahi ba Jerusalema letsohong la Sankeribe morena oa Assyria+ le matsohong a ba bang bohle ’me a ba fa phomolo ka hohle.+ 23 Ho ne ho e-na le ba bangata ba tlisang limpho+ ho Jehova Jerusalema le lintho tse ntle ho Ezekiase morena oa Juda,+ ’me ka mor’a moo a phahama+ mahlong a lichaba tsohle.
24 Matsatsing ao Ezekiase a kulela lefu,+ ’me a qala ho rapela+ Jehova. Kahoo A bua le eena,+ ’me A mo fa limakatso.+ 25 Empa ho ea ka molemo oo a neng a o etselitsoe Ezekiase ha aa ka a etsa puseletso,+ kaha pelo ea hae e ile ea ikhohomosa+ ’me ha halefeloa+ eena le Juda le Jerusalema. 26 Leha ho le joalo, Ezekiase a ikokobetsa+ boikhohomosong ba pelo ea hae, eena le baahi ba Jerusalema, ’me Jehova ha aa ka a ba halefela matsatsing+ a Ezekiase.
27 Ezekiase a ba le maruo le khanya e khōlō haholo;+ a iketsetsa matlo a polokelo bakeng sa silevera le bakeng sa khauta+ le bakeng sa majoe+ a bohlokoa le bakeng sa oli ea balsame+ le bakeng sa lithebe+ le bakeng sa lintho tsohle tse lakatsehang;+ 28 le libaka tsa polokelo+ bakeng sa lihlahisoa tsa lijo-thollo le veine+ e ncha le oli, le litala+ bakeng sa liphoofolo tsa mefuta eohle e fapaneng le litala bakeng sa mehlape. 29 A iphumanela metse, hammoho le liphoofolo tse ruiloeng tsa mohlape oa likhutšoane+ le tsa mohlape oa liphoofolo tse khōlō+ tse ngata; etsoe Molimo o ile a mo fa thepa e ngata haholo.+ 30 Ezekiase ke eena ea ileng a thiba+ mohloli o ka holimo oa metsi+ a Gihone+ ’me a a boloka a tsamaea ka kotloloho ho theohela ka bophirimela ho Motse oa Davida,+ ’me Ezekiase a tsoela pele ho atleha mosebetsing o mong le o mong oa hae.+ 31 Kahoo e bile ka babuelli ba likhosana tsa Babylona+ tse neng li rometsoe ho eena+ ho tla botsa ka limakatso+ tse neng li etsahetse naheng, Molimo oa ’nete a ileng a mo tlohela+ hore a mo leke,+ hore a tsebe ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka pelong ea hae.+
32 Ha e le litaba+ tse ling kaofela tsa Ezekiase le liketso tsa hae tsa mosa o lerato,+ li ngotsoe ponong ea moprofeta Esaia, mora oa Amoze,+ Bukeng+ ea Marena a Juda le a Iseraele. 33 Qetellong Ezekiase a robala le baholo-holo ba hae,+ ’me ba mo pata moepeng o eang libakeng tsa lepato tsa bara ba Davida;+ Bajuda bohle le baahi ba Jerusalema ba mo fa tlhompho lefung la hae.+ Mora oa hae Manase+ a qala ho busa sebakeng sa hae.
33 Manase+ o ne a le lilemo li leshome le metso e ’meli ha a qala ho busa, ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse mashome a mahlano a metso e mehlano.+
2 A etsa se sebe mahlong a Jehova,+ ho ea ka lintho tse manyala+ tsa lichaba tseo Jehova a neng a li lelekile ka pel’a bara ba Iseraele.+ 3 Kahoo a boela a haha libaka tse phahameng+ tseo ntat’ae Ezekiase a neng a li helelitse,+ ’me a emisetsa bo-Baale+ lialetare+ le ho etsa lipalo tse halalelang,+ ’me a qala ho inamela+ makhotla ’ohle a maholimo+ le ho a sebeletsa.+ 4 A haha lialetare+ ka tlung ea Jehova, eo Jehova a neng a itse mabapi le eona: “Lebitso la ka le tla ba Jerusalema ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”+ 5 A tsoela pele ho hahela makhotla ’ohle a maholimo+ lialetare mabaleng+ a mabeli a ntlo ea Jehova.+ 6 A fetisa bara ba hae mollong+ phuleng ea mora oa Hinome,+ ’me a sebelisa boselamose+ le ho sebelisa bonohe+ le ho sebelisa boloi+ ’me a etsa hore ho be le ba buisanang+ le meea le litsebi tse bolelang liketsahalo esale pele.+ A etsa se sebe mahlong a Jehova ka tekanyo e khōlō, ho mo siteloa.+
7 Ho feta moo, a beha setšoantšo+ se betliloeng seo a neng a se entse ka tlung ea Molimo+ oa ’nete, eo mabapi le eona Molimo a neng a itse ho Davida le ho mora oa hae Solomone: “Ka tlung ena le Jerusalema, eo ke e khethileng+ melokong eohle ea Iseraele, ke tla beha lebitso+ la ka ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ 8 Ha ke sa tla boela ke tlosa maoto a Baiseraele naheng eo ke e abetseng+ baholo-holo+ ba bona, haeba feela ba ela hloko ho etsa sohle seo ke ba laetseng+ sona malebana le molao+ oohle le melao ea tsamaiso+ le liqeto tsa boahloli+ ka letsoho la Moshe.”+ 9 Manase+ a ’na a eka Bajuda+ le baahi ba Jerusalema hore ba etse se sebe+ ho feta lichaba tseo Jehova a neng a li felisitse ka pel’a bara ba Iseraele.+
10 Jehova a ’na a bua le Manase le batho ba hae, empa ha baa ka ba ela hloko.+ 11 Qetellong Jehova a tlisa khahlanong le bona+ balaoli ba lebotho la morena oa Assyria,+ kahoo ba hapa Manase likoting+ ’me ba mo tlama+ ka litlamo tse peli tsa koporo eaba ba mo isa Babylona. 12 Hang ha a le mahlomoleng,+ a nolofatsa sefahleho sa Jehova Molimo+ oa hae ’me a ’na a ikokobetsa+ haholo ka lebaka la Molimo oa baholo-holo ba hae. 13 A ’na a Mo rapela, hoo A ileng a itumella hore a kōptjoe ka tieo+ ke eena ’me A utloa kōpo ea hae ea mohau eaba o mo busetsa Jerusalema boreneng ba hae;+ Manase a tseba hore Jehova ke Molimo oa ’nete.+
14 Ka mor’a sena a haha lerako le ka ntle+ bakeng sa Motse oa Davida+ ka bophirimela ho Gihone+ phuleng ea molapo o phoroselang le ho ea fihla Hekeng ea Litlhapi,+ a etsa hore le potolohe Ofele+ ’me a le phahamisa haholo. Ho ekelletsa moo, a beha balaoli ba lebotho la sesole metseng eohle e etselitsoeng liqhobosheane Juda.+ 15 A tlosa melimo+ esele le setšoantšo+ se rapeloang ntlong ea Jehova le lialetare+ tsohle tseo a neng a li hahile thabeng ea ntlo ea Jehova le Jerusalema ’me a li lahlela ka ntle ho motse. 16 Ho feta moo, a lokisa aletare ea Jehova+ ’me a qala ho hlabela ho eona mahlabelo a kopanetsoeng+ le mahlabelo a liteboho+ ’me a tsoela pele ho re Juda e sebeletse Jehova Molimo oa Iseraele.+ 17 Leha ho le joalo, batho ba ne ba ntse ba etsa mahlabelo libakeng tse phahameng;+ feela ba ne ba a etsetsa Jehova Molimo oa bona.
18 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Manase le thapelo+ ea hae ho Molimo oa hae le mantsoe a ba bonang lipono+ ba ileng ba ’na ba bua le eena ka lebitso la Jehova Molimo oa Iseraele, li har’a litaba tsa marena a Iseraele.+ 19 Ha e le thapelo+ ea hae le kamoo kōpo ea hae e tiileng+ e ileng ea amoheloa kateng le sebe+ sohle sa hae le ho se tšepahale+ ha hae le libaka tseo ho tsona a ileng a haha libaka tse phahameng+ le ho emisa lipalo tse halalelang+ le litšoantšo+ tse betliloeng pele a ikokobetsa,+ li ngotsoe har’a mantsoe a ba bonang lipono bakeng sa hae. 20 Qetellong Manase a robala le baholo-holo+ ba hae, ’me ba mo pata+ ntlong ea hae; mora oa hae Amone+ a qala ho busa sebakeng sa hae.
21 Amone+ o ne a le lilemo li mashome a mabeli a metso e ’meli ha a qala ho busa, ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse peli.+ 22 A etsa se sebe mahlong+ a Jehova, feela joalokaha ntat’ae Manase a ne a entse;+ litšoantšo+ tsohle tse betliloeng tseo ntat’ae Manase+ a neng a li entse Amone a li etsetsa sehlabelo,+ ’me a tsoela pele ho li sebeletsa.+ 23 Ha aa ka a ikokobeletsa+ Jehova joalokaha ntat’ae Manase a ile a ikokobetsa,+ etsoe Amone ke eena ea ileng a eketsa molato.+ 24 Qetellong bahlanka ba hae ba mo rerela+ bolotsana ’me ba mo bolaela ka tlung ea hae.+ 25 Empa batho ba naha ba bolaea+ bohle ba reretseng Morena Amone+ bolotsana,+ ’me batho+ ba naha ba etsa mora oa hae Josiase+ morena sebakeng sa hae.
34 Josiase+ o ne a le lilemo li robeli+ ha a qala ho busa, ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse mashome a mararo a motso o mong.+ 2 A etsa se nepahetseng mahlong+ a Jehova ’me a tsamaea litseleng tsa moholo-holo oa hae Davida;+ ha aa ka a khelohela ka ho le letona kapa ka ho le letšehali.+
3 Ka selemo sa borobeli sa ho busa ha hae, ha e sa ntse e le moshanyana,+ a qala ho batla+ Molimo oa moholo-holo oa hae Davida; ka selemo sa leshome le metso e ’meli a qala ho hloekisa+ Juda le Jerusalema ka ho tlosa libaka tse phahameng+ le lipalo tse halalelang+ le litšoantšo+ tse betliloeng le liemahale tse entsoeng ka ho qhibilihisoa. 4 Ho ekelletsa moo, ba heletsa ka pel’a hae lialetare+ tsa bo-Baale;+ ’me a heletsa liluloana tsa libano+ tse neng li le ka holimo; lipalo tse halalelang+ le litšoantšo+ tse betliloeng le liemahale tse entsoeng ka ho qhibilihisoa a li roba likoto ’me a li etsa phofo,+ a ntan’o e fafatsa holim ’a libaka tsa lepato tsa ba neng ba li etsetsa mahlabelo.+ 5 A chesetsa masapo+ a baprista lialetareng tsa bona.+ Kahoo a hloekisa Juda le Jerusalema.
6 Hape, metseng ea Manase+ le Efraime+ le Simeone le ho ea fihla Nefthali, libakeng tsa bona tse ripitliloeng ka hohle, 7 a heletsa lialetare+ le lipalo tse halalelang,+ ’me litšoantšo+ tse betliloeng a li silakanya ’me a li etsa phofo;+ a heletsa liluloana tsohle tsa libano+ naheng eohle ea Iseraele, ka mor’a moo a khutlela Jerusalema.
8 Ka selemo sa leshome le metso e robeli+ sa ho busa ha hae, ha a hloekisitse naha le ntlo, a romela Shafane+ mora oa Azalia le Maseia mookameli oa motse le Jooa mora oa motlalehi Joakaze ho ea lokisa+ ntlo ea Jehova Molimo oa hae. 9 Ba tla ho moprista ea phahameng Hilkia+ ’me ba fana ka chelete e neng e tlisoa ntlong ea Molimo, eo Balevi balebeli ba menyako+ ba neng ba e bokeletse letsohong la Manase+ le Efraime+ le ho bohle ba setseng ba Iseraele+ le Juda eohle le Benjamine le ho baahi ba Jerusalema. 10 Joale ba e beha matsohong a ba etsang mosebetsi ba neng ba behiloe hore ba okamele ntlo ea Jehova.+ Eaba ba etsang mosebetsi ba neng ba tšoarehile ka tlung ea Jehova ba e sebelisetsa ho nchafatsa le ho lokisa ntlo. 11 Kahoo ba e fa litsebi tsa mesebetsi ea matsoho le lihahi+ hore li reke majoe a betliloeng+ le lifate bakeng sa lintho tse kopanyang le ho haha ka libalaka matlo ao marena+ a Juda a neng a a sentse.
12 Banna bao ba ne ba sebetsa ka botšepehi+ mosebetsing; ba neng ba behiloe hore ba ba okamele e ne e le Jahathe le Obadia, Balevi, ba tsoang ho bara ba Merari,+ le Zakaria le Meshulame, ba tsoang ho bara ba Bakohathe,+ hore ba sebeletse e le balebeli. Balevi, bao e mong le e mong oa bona e neng e le setsebi sa liletsa tsa pina,+ 13 ba ne ba okametse bajari ba meroalo,+ le balebeli+ ba bohle ba etsang mosebetsi bakeng sa litšebeletso tse fapaneng; ho ne ho e-na le bangoli+ le balaoli le balebeli ba liheke+ ba tsoang ho Balevi.+
14 Joale ha ba ntse ba ntša chelete+ e neng e tlisoa ntlong ea Jehova, moprista Hilkia+ a fumana buka+ ea molao+ oa Jehova e fanoeng ka letsoho la Moshe.+ 15 Kahoo Hilkia a re ho mongoli Shafane:+ “Ke fumane buka ea molao ka tlung ea Jehova.” Eaba Hilkia o fa Shafane buka eo. 16 Joale Shafane a tlisa buka eo ho morena ’me a araba morena ka ho eketsehileng, a re: “Sohle se behiloeng matsohong a bahlanka ba hao baa se etsa. 17 Ba ntša chelete e fumanoeng ka tlung ea Jehova ’me ba e beha matsohong a banna ba behiloeng le matsohong a ba etsang mosebetsi.”+ 18 Mongoli Shafane a tsoela pele ho tlalehela morena, a re: “Ho na le buka+ eo moprista Hilkia a mphileng eona.”+ Shafane a qala ho e bala ka pel’a morena.+
19 Eitse hang ha morena a utloa mantsoe a buka ea molao, kapele-pele a hahola liaparo tsa hae.+ 20 Joale morena a laela Hilkia+ le Akikame+ mora oa Shafane le Abdone mora oa Mikea le mongoli+ Shafane+ le Asaia+ mohlanka oa morena, a re: 21 “E-eang, le botse+ Jehova bakeng sa ka+ le bakeng sa ho setseng Iseraele le Juda malebana le mantsoe a buka+ e fumanoeng, etsoe khalefo+ ea Jehova e tlang ho tšolleloa ho rōna e khōlō kahobane baholo-holo ba rōna ha baa ka ba boloka lentsoe la Jehova ka ho etsa ho ea ka sohle se ngotsoeng bukeng ena.”+
22 Tumellanong le hoo Hilkia hammoho le bao morena a neng a ba boletse ba ea ho moprofeta oa mosali+ Hulda,+ mosali oa Shalume mora oa Tikva mora oa Harhase mohlokomeli oa liaparo,+ kaha o ne a lula Jerusalema karolong ea bobeli; ba bua le eena tjena. 23 Le eena a re ho bona:
“Sena ke seo Jehova Molimo oa Iseraele a se boletseng, ‘E-reng ho monna ea le rometseng ho ’na: 24 “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Bona! ke tlisa tlokotsi+ holim ’a sebaka sena le baahi+ ba sona, lithohako+ tsohle tse ngotsoeng bukeng eo ba e balileng ka pel’a morena oa Juda,+ 25 ka lebaka la hore ba ntlohetse+ ’me ba etselitse melimo+ e meng mosi oa sehlabelo, e le hore ba ntšiteloe+ ka liketso tsohle tsa matsoho+ a bona hape e le hore khalefo+ ea ka e ka tšolohela sebakeng sena ’me e se ke ea tima.’”+ 26 Sena ke seo le lokelang ho se bolella Morena oa Juda ea le romelang ho tla botsa Jehova: “Sena ke seo Jehova Molimo oa Iseraele a se boletseng,+ ‘Ha e le mantsoe+ ao u a utloileng, 27 ka lebaka la hore pelo+ ea hao e bile bonolo hoo u ileng ua ikokobetsa+ ka lebaka la Molimo ha u utloa mantsoe a hae malebana le sebaka sena le baahi ba sona, ’me u ikokobelitse ka pel’a ka+ ’me ua hahola+ liaparo tsa hao le ho lla ka pel’a ka, ’na, ke utloile,+ ho bolela Jehova. 28 Bona! ke u isa ho baholo-holo ba hao, ’me ka sebele u tla nkeloa lebitleng la hao ka khotso,+ ’me mahlo a hao a ke ke a talima tlokotsi+ eohle eo ke e tlisang sebakeng sena le ho baahi ba sona.’”’”+
Joale ba tlisa karabo ho morena. 29 Morena a romeletsa ’me a bokella banna bohle ba baholo ba Juda le ba Jerusalema.+ 30 Joale morena a nyolohela ntlong ea Jehova+ le banna bohle ba Juda le baahi ba Jerusalema le baprista+ le Balevi le batho bohle, ba baholo hammoho le ba banyenyane; a qala ho bala+ moo ba ntseng ba utloa mantsoe ’ohle a buka ea selekane, e neng e fumanoe ka tlung ea Jehova.+ 31 Morena a ’na a ema sebakeng+ sa hae ’me a hlaba selekane+ ka pel’a Jehova hore a latele Jehova le ho boloka litaelo+ tsa hae le bopaki+ ba hae le melao ea hae ea tsamaiso+ ka pelo+ eohle ea hae le ka moea+ oohle oa hae, hore a phethe+ mantsoe a selekane a neng a ngotsoe bukeng ena.+ 32 Ho feta moo, a etsa hore bohle ba ileng ba fumanoa Jerusalema le Benjamine ba eme ho sona. Baahi ba Jerusalema ba etsa ho ea ka selekane sa Molimo, Molimo oa baholo-holo ba bona.+ 33 Ka mor’a moo Josiase a tlosa lintho tsohle tse manyala+ linaheng tsohle tseo e neng e le tsa bara ba Iseraele,+ ’me a etsa hore bohle ba ileng ba fumanoa Iseraele ba qale tšebeletso, ho sebeletsa Jehova Molimo oa bona. Ka matsatsi ’ohle a hae ha baa ka ba kheloha ho latela Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona.+
35 Joale Josiase+ a tšoarela Jehova paseka+ Jerusalema ’me ba hlaba phofu+ ea paseka ka letsatsi la leshome le metso e mene+ la khoeli ea pele.+ 2 Kahoo a emisa baprista linthong tse tlas’a tlhokomelo+ ea bona ’me a ba khothatsa+ tšebeletsong ea ntlo ea Jehova.+ 3 A tsoela pele ho re ho Balevi, barupeli+ ba Baiseraele bohle, ba halalelang ho Jehova: “Kenyang Areka e halalelang+ ka tlung+ eo Solomone mora oa Davida morena oa Iseraele a e hahileng; ha e sa tla ba moroalo mahetleng a lōna.+ Joale sebeletsang+ Jehova Molimo oa lōna le sechaba sa hae sa Iseraele. 4 Le etse tokisetso ka matlo a baholo-holo+ ba lōna ho ea ka lihlopha+ tsa lōna, ka se ngotsoeng+ ke Davida morena oa Iseraele le ka se ngotsoeng+ ke mora oa hae Solomone. 5 Le eme+ sebakeng se halalelang ka lihlopha tsa matlo a baholo-holo bakeng sa barab’abo lōna, bara ba sechaba, le karolo ea malapa a habo ntate+ a Balevi.+ 6 Le hlabe phofu ea paseka+ le ho ikhalaletsa+ ’me le etse tokisetso bakeng sa barab’abo lōna hore ba etse ho ea ka lentsoe la Jehova ka Moshe.”+
7 Joale Josiase a nehelana ka mehlape ea likhutšoane ho batho, likonyana tse tona le lipotsanyane tse tona, kaofela e le bakeng sa liphofu tsa paseka bakeng sa bohle ba neng ba ka fumanoa, ho isa palong ea tse likete tse mashome a mararo, le likhomo, tse likete tse tharo.+ Tsena li ne li tsoa thepeng ea morena.+ 8 Likhosana+ tsa hae tsa etsa monehelo e le nyehelo ea boithaopo bakeng sa batho,+ bakeng sa baprista le bakeng sa Balevi. Hilkia+ le Zakaria le Jehiele joaloka baeta-pele ba ntlo ea Molimo oa ’nete ba fa baprista liphofu tsa paseka tse likete tse peli le makholo a tšeletseng, le likhomo tse makholo a mararo. 9 Konania le Shemaia le Nethaniele barab’abo le Hashabia le Jeiele le Jozabade, baokameli ba Balevi, ba nehelana ka liphofu tsa paseka tse likete tse hlano, le likhomo tse makholo a mahlano ho Balevi.
10 Tšebeletso ea lokisoa+ ’me baprista ba ’na ba ema+ libakeng+ tsa bona, le Balevi ka lihlopha tsa bona,+ ho ea ka taelo ea morena.+ 11 Ba hlaba phofu ea paseka+ ’me baprista+ ba fafatsa+ mali a matsohong a bona, ha Balevi ba ntse ba bua.+ 12 Ho ekelletsa moo, ba lokisa linyehelo tsa secheso e le hore ba ka li fa lihlopha+ ka lelapa la habo ntate,+ bara ba sechaba, e le ho etsa nyehelo+ ho Jehova ho ea ka se ngotsoeng bukeng ea Moshe;+ ha etsoa ka tsela ena le ka likhomo. 13 Ba qala ho pheha+ nyehelo ea paseka+ mollong ho ea ka tloaelo; lintho tse halalelitsoeng ba li phehela+ ka lipitseng le ka lipitseng tse chitja ka tlaase le ka likotlolong tsa mokete, ka mor’a moo ba e tlisa kapele ho bara bohle ba sechaba.+ 14 Ka mor’a moo ba itokisetsa ’me ba lokisetsa le baprista,+ hobane baprista bara ba Arone ba ne ba nyehela mahlabelo a secheso+ le likarolo tse nonneng+ ho fihlela bosiu, ’me Balevi ba ile ba itokisetsa,+ ’me ba lokisetsa le baprista bara ba Arone.
15 Libini+ bara ba Asafe+ li ne li le mosebetsing oa tsona ho ea ka taelo ea Davida+ le ea Asafe+ le ea Hemane+ le ea Jeduthune+ ea bonang lipono+ bakeng sa morena; balebeli ba liheke+ ba ne ba le lihekeng tse fapaneng.+ Ho ne ho sa hlokahale hore ba tlohele tšebeletso ea bona, hobane barab’abo bona Balevi ba ile ba ba lokisetsa.+ 16 Tšebeletso eohle ea Jehova ea lokisoa letsatsing leo hore ho tšoaroe paseka+ le ho nyehela linyehelo tsa secheso aletareng ea Jehova, ho ea ka taelo ea Morena Josiase.+
17 Bara ba Iseraele ba neng ba ka fumanoa ba tšoara paseka+ nakong eo hammoho le mokete oa mahobe a sa lomosoang ka matsatsi a supileng.+ 18 Le ka mohla ho ne ho e-s’o tšoaroe paseka e tšoanang le eona Iseraele ho tloha matsatsing a moprofeta Samuele,+ leha e le hore ofe kapa ofe oa marena+ a mang a Iseraele o ne a ile a tšoara paseka e tšoanang le eo Josiase le baprista le Balevi le Bajuda bohle le Baiseraele ba neng ba ka fumanoa, le baahi ba Jerusalema ba ileng ba e tšoara. 19 Paseka ena e ile ea tšoaroa ka selemo sa leshome le metso e robeli sa puso ea Josiase.+
20 Ka mor’a sena sohle ha Josiase a lokisitse ntlo, Neko+ morena oa Egepeta+ a tla ho loantša Karkemishe+ Eufrate. Joale Josiase+ a tsoa ho ea teana le eena.+ 21 Eaba o romela manģosa ho eena, o re: “Taba ea ka le uena ke efe, Uena morena oa Juda? Kajeno ha ke futuhele uena, empa ke loantša ntlo e ’ngoe le eo Molimo a itseng ke e bakele pherekano. Tlohela ka lebaka la Molimo, ea nang le ’na, ’me u se ke ua etsa hore a u felise.”+ 22 Josiase ha aa ka a mo furalla,+ empa a ikhakanya+ e le hore a mo loantše ’me ha aa ka a mamela mantsoe a Neko+ a tsoang molomong oa Molimo. Kahoo a tla ho tla loana thoteng ea Megido.+
23 Ba fulang+ ba fula Morena Josiase, hoo morena a ileng a re ho bahlanka ba hae: “Ntheoleng, etsoe ke ntšitsoe maqeba a mabe haholo.”+ 24 Ka lebaka leo bahlanka ba hae ba mo theola koloing ’me ba mo palamisa koloing ea hae ea bobeli ea ntoa eaba ba mo tlisa Jerusalema.+ Kahoo a shoa+ ’me a patoa mabitleng a baholo-holo+ ba hae; Bajuda bohle le ba Jerusalema ba ne ba siame+ ka lebaka la Josiase. 25 Jeremia+ a qala ho binela+ Josiase; libini tsohle tsa banna le libini tsa basali+ tsa ’na tsa bua ka Josiase lipineng tsa tsona tsa koli-ea-malla ho fihlela kajeno; ba ho behile e le molao oa tsamaiso Iseraele, ’me li ngotsoe har’a lipina tsa koli-ea-malla.+
26 Ha e le litaba+ tse ling kaofela tsa Josiase le liketso tsa hae tsa mosa o lerato,+ ho ea ka se ngotsoeng molaong+ oa Jehova, 27 le litaba tsa hae, tsa pele le tsa ho qetela,+ li ngotsoe Bukeng+ ea Marena a Iseraele le a Juda.
36 Joale batho ba naha ba nka Joakaze+ mora oa Josiase ’me ba mo etsa morena sebakeng sa ntat’ae Jerusalema.+ 2 Joakaze o ne a le lilemo li mashome a mabeli a metso e meraro ha a qala ho busa, ’me a busa Jerusalema ka likhoeli tse tharo.+ 3 Leha ho le joalo, morena oa Egepeta a mo tlosa Jerusalema+ ’me a lefisa naha litalenta tsa silevera+ tse lekholo le talenta ea khauta. 4 Ho feta moo, morena+ oa Egepeta a etsa hore Eliakime+ mor’abo e be morena oa Juda le Jerusalema ’me a fetola lebitso la hae hore e be Jojakime; empa Joakaze mor’abo, Neko+ a mo nka ’me a mo tlisa Egepeta.+
5 Jojakime+ o ne a le lilemo li mashome a mabeli a metso e mehlano ha a qala ho busa, ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse leshome le motso o mong;+ a tsoela pele ho etsa se sebe mahlong a Jehova Molimo oa hae.+ 6 Nebukadnezare+ morena oa Babylona a mo futuhela+ e le hore a ka mo tlama ka litlamo tse peli tsa koporo hore a mo ise Babylona.+ 7 Nebukadnezare+ a tlisa tse ling tsa lisebelisoa+ tsa ntlo ea Jehova Babylona a ntan’o li kenya ka tlung ea hae ea ’muso Babylona.+ 8 Ha e le litaba+ tse ling kaofela tsa Jojakime le lintho tsa hae tse manyala+ tseo a ileng a li etsa le se ileng sa fumanoa khahlanong le eena, li ngotsoe Bukeng+ ea Marena a Iseraele le a Juda; mora oa hae Jojakine+ a qala ho busa sebakeng sa hae.
9 Jojakine+ o ne a le lilemo li leshome le metso e robeli ha a qala ho busa, ’me a busa Jerusalema ka likhoeli+ tse tharo le matsatsi a leshome; a tsoela pele ho etsa se sebe mahlong a Jehova.+ 10 Ha selemo se thoasa+ Morena Nebukadnezare a romeletsa+ ’me a mo tlisa Babylona+ le lintho tse lakatsehang tsa ntlo ea Jehova.+ Ho ekelletsa moo, a etsa Tsedekia+ mor’abo ntat’ae morena oa Juda le Jerusalema.+
11 Tsedekia+ o ne a le lilemo li mashome a mabeli a motso o mong ha a qala ho busa, ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse leshome le motso o mong.+ 12 A tsoela pele ho etsa se sebe+ mahlong a Jehova Molimo oa hae. Ha aa ka a ikokobetsa+ ka lebaka la moprofeta+ Jeremia+ ka taelo ea Jehova. 13 A fetohela esita le Morena Nebukadnezare,+ ea neng a mo hlapantšitse ka Molimo;+ a ’na a satalatsa+ molala ’me a thatafatsa+ pelo e le hore a se ke a khutlela ho Jehova Molimo oa Iseraele. 14 Esita le baokameli bohle ba baprista+ le batho ba etsa ka ho se tšepahale ka tekanyo e khōlō, ho ea ka lintho tsohle tse manyala+ tsa lichaba, hoo ba ileng ba silafatsa ntlo ea Jehova eo a neng a e halalelitse Jerusalema.+
15 Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona a ’na a romeletsa khahlanong le bona ka manģosa+ a hae, a romeletsa nako le nako, hobane o ne a qenehela batho+ ba hae le sebaka sa hae sa bolulo.+ 16 Empa ba ne ba fetola manģosa a Molimo oa ’nete litšeho+ ba sa khaotse ’me ba nyelisa mantsoe+ a hae le ho soma+ baprofeta ba hae, ho fihlela khalefo+ ea Jehova e tlela batho ba hae, ho fihlela ho se na pholiso.+
17 Kahoo a nyolla morena oa Bakalde+ khahlanong le bona, ea ileng a bolaea bahlankana ba bona ka sabole+ ka tlung ea sehalalelo+ sa bona, hape ha aa ka a qenehela mohlankana kapa moroetsana, ea tsofetseng kapa sekooa.+ A nehelana ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe letsohong la hae. 18 Lisebelisoa+ tsohle, tse khōlō+ le tse nyenyane, tsa ntlo ea Molimo oa ’nete le matlotlo+ a ntlo ea Jehova le matlotlo a morena+ le a likhosana tsa hae, a tlisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe Babylona. 19 A chesa ntlo ea Molimo+ oa ’nete le ho heletsa lerako+ la Jerusalema; litora tsohle tsa eona tsa bolulo ba li chesa ka mollo le lintho tsohle tsa eona tse lakatsehang,+ e le hore ba bake tšenyo.+ 20 Ho feta moo, ba phonyohileng sabole a ba isa kholehong Babylona,+ ’me ea e-ba bahlanka ba hae+ le ba bara ba hae ho fihlela borena ba Persia+ bo qala ho busa; 21 ho phethahatsa lentsoe la Jehova ka molomo oa Jeremia,+ ho fihlela naha e lefile lisabatha+ tsa eona. E ile ea boloka sabatha ka matsatsi ’ohle a ho ba lesupi, ho phethahatsa lilemo tse mashome a supileng.+
22 Ka selemo sa pele sa Cyruse+ morena oa Persia,+ e le hore lentsoe la Jehova+ ka molomo oa Jeremia+ le ka phethahala, Jehova a tsosa moea+ oa Cyruse morena oa Persia molota, hoo a ileng a fetisa mohoo ho pholletsa le ’muso oohle oa hae, a ba a o ngola,+ o reng: 23 “Sena ke seo Cyruse morena oa Persia+ a se boletseng, ‘Jehova Molimo oa maholimo o mphile+ mebuso eohle ea lefatše, ’me o ntaetse hore ke mo hahele ntlo Jerusalema, e Juda.+ Mang kapa mang ea har’a lōna bohle batho+ ba hae, Jehova Molimo oa hae a be le eena.+ Kahoo a ke a nyolohe.’”+