Esdrase
1 Ka selemo sa pele sa Cyruse+ morena oa Persia, e le hore lentsoe la Jehova le tsoang molomong oa Jeremia+ le ka phethahala, Jehova a tsosa+ moea oa Cyruse morena oa Persia molota hoo a ileng a fetisa mohoo+ ho pholletsa le sebaka sohle se pusong ea hae, a ba a o ngola,+ o reng:
2 “Sena ke seo Cyruse morena oa Persia a se boletseng,+ ‘Jehova Molimo oa maholimo+ o mphile+ mebuso eohle ea lefatše, ’me o ntaetse hore ke mo hahele ntlo Jerusalema,+ e Juda. 3 Mang kapa mang ea har’a lōna bohle batho ba hae, e se eka Molimo oa hae a ka ba le eena.+ Kahoo a ke a nyolohele Jerusalema, e Juda, ’me a tsosolose ntlo ea Jehova Molimo oa Iseraele—ke eena Molimo oa ’nete+—e neng e le Jerusalema.+ 4 Ha e le mang kapa mang ea setseng libakeng tsohle moo a lulang e le mojaki,+ batho ba sebakeng sa habo ba ke ba mo thuse ka silevera le ka khauta le ka thepa le ka liphoofolo tse ruuoang hammoho le ka nyehelo ea boithaopo+ bakeng sa ntlo ea Molimo oa ’nete, e neng e le Jerusalema.’”
5 Joale bao e leng lihlooho+ tsa bo-ntate ba Juda le ba Benjamine le baprista le Balevi ba tloha, esita le e mong le e mong eo moea oa hae+ o neng o tsositsoe molota ke Molimo oa ’nete, hore ba nyolohe ho ea tsosolosa ntlo ea Jehova,+ e neng e le Jerusalema. 6 Ha e le bohle ba neng ba ba potolohile, ba matlafatsa+ matsoho a bona ka lisebelisoa tsa silevera, ka khauta, ka thepa le ka liphoofolo tse ruuoang le ka lintho tse ntle, ho phaella ho sohle se ileng sa nyeheloa ka boithaopo.+
7 Hape, Morena Cyruse a tlisa lisebelisoa tsa ntlo ea Jehova,+ tseo Nebukadnezare a neng a li ntšitse Jerusalema+ a ntan’o li beha ka tlung ea melimo ea hae.+ 8 Cyruse morena oa Persia a li tlisa taolong ea Mithredathe motšoari oa matlotlo ’me a li balla Sheshebazare+ morenana oa Juda.+
9 Joale ena ke palo ea tsona: lijana tsa khauta tse mashome a mararo tse kang libaskete, lijana tsa silevera tse sekete tse kang libaskete, lijana tse mashome a mabeli a metso e robong tse nkelang tse ling sebaka, 10 likotlolo tse mashome a mararo tse nyenyane+ tsa khauta, likotlolo tse makholo a mane le leshome tse nyenyane tse tlatsetsang tsa silevera, lisebelisoa tse ling tse sekete. 11 Lisebelisoa tsohle tsa khauta le tsa silevera li ne li le likete tse hlano le makholo a mane. Sheshebazare+ a nyolla ntho e ’ngoe le e ’ngoe, hammoho le ho ntša batho ba neng ba le kholehong+ Babylona hore ba ee Jerusalema.
2 Bana e ne e le bara ba profinse+ ba ileng ba tsoa kholehong ea batho ba neng ba isitsoe kholehong+ bao Nebukadnezare morena oa Babylona a neng a ba isitse kholehong+ Babylona le bao hamorao ba ileng ba khutlela+ Jerusalema le Juda,+ e mong le e mong a khutlela motseng oa habo; 2 ba ileng ba tla le Zorobabele,+ Jeshua,+ Nehemia, Seraia,+ Relaia, Mordekai, Bilshane, Mispare, Bigvai, Rehume, Baana.
Palo ea banna ba sechaba sa Iseraele: 3 Bara ba Paroshe,+ likete tse peli le lekholo le mashome a supileng a metso e ’meli; 4 bara ba Shefatia,+ makholo a mararo le mashome a supileng a metso e ’meli; 5 bara ba Ara,+ makholo a supileng le mashome a supileng a metso e mehlano; 6 bara ba Pahathe-moabe,+ ba bara ba Jeshua le Joabe,+ likete tse peli le makholo a robeli le leshome le metso e ’meli; 7 bara ba Elame,+ sekete le makholo a mabeli le mashome a mahlano a metso e mene; 8 bara ba Zatu,+ makholo a robong le mashome a mane a metso e mehlano; 9 bara ba Zakai,+ makholo a supileng le mashome a tšeletseng; 10 bara ba Bani,+ makholo a tšeletseng le mashome a mane a metso e ’meli; 11 bara ba Bebai,+ makholo a tšeletseng le mashome a mabeli a metso e meraro; 12 bara ba Azgade,+ sekete le makholo a mabeli le mashome a mabeli a metso e ’meli; 13 bara ba Adonikame,+ makholo a tšeletseng le mashome a tšeletseng a metso e tšeletseng; 14 bara ba Bigvai,+ likete tse peli le mashome a mahlano a metso e tšeletseng; 15 bara ba Adine,+ makholo a mane le mashome a mahlano a metso e mene; 16 bara ba Atere,+ oa Ezekiase, mashome a robong a metso e robeli; 17 bara ba Bezai,+ makholo a mararo le mashome a mabeli a metso e meraro; 18 bara ba Jora, lekholo le leshome le metso e ’meli; 19 bara ba Hashume,+ makholo a mabeli le mashome a mabeli a metso e meraro; 20 bara ba Gibare,+ mashome a robong a metso e mehlano; 21 bara ba Bethlehema,+ lekholo le mashome a mabeli a metso e meraro; 22 banna ba Netofa,+ mashome a mahlano a metso e tšeletseng; 23 banna ba Anathothe,+ lekholo le mashome a mabeli a metso e robeli; 24 bara ba Azmavethe,+ mashome a mane a metso e ’meli; 25 bara ba Kiriathe-jearime,+ Kefira le Beerothe, makholo a supileng le mashome a mane a metso e meraro; 26 bara ba Rama+ le Geba,+ makholo a tšeletseng le mashome a mabeli a motso o mong; 27 banna ba Mikmase,+ lekholo le mashome a mabeli a metso e ’meli; 28 banna ba Bethele+ le Ai,+ makholo a mabeli le mashome a mabeli a metso e meraro; 29 bara ba Nebo,+ mashome a mahlano a metso e ’meli; 30 bara ba Magbishe, lekholo le mashome a mahlano a metso e tšeletseng; 31 bara ba Elame+ e mong, sekete le makholo a mabeli le mashome a mahlano a metso e mene; 32 bara ba Harime,+ makholo a mararo le mashome a mabeli; 33 bara ba Lode,+ Hadide+ le Ono,+ makholo a supileng le mashome a mabeli a metso e mehlano; 34 bara ba Jeriko,+ makholo a mararo le mashome a mane a metso e mehlano; 35 bara ba Senaa,+ likete tse tharo le makholo a tšeletseng le mashome a mararo.
36 Baprista:+ Bara ba Jedaia+ oa ntlo ea Jeshua+ makholo a robong le mashome a supileng a metso e meraro; 37 bara ba Imere,+ sekete le mashome a mahlano a metso e ’meli; 38 bara ba Pashkure,+ sekete le makholo a mabeli le mashome a mane a metso e supileng; 39 bara ba Harime,+ sekete le leshome le metso e supileng.
40 Balevi:+ Bara ba Jeshua+ le Kadmiele,+ ba bara ba Hodavia,+ mashome a supileng a metso e mene. 41 Libini, bara ba Asafe,+ lekholo le mashome a mabeli a metso e robeli. 42 Bara ba balebeli ba liheke, bara ba Shalume,+ bara ba Atere,+ bara ba Talmone,+ bara ba Akube,+ bara ba Hatita,+ bara ba Shobai, kaofela, lekholo le mashome a mararo a metso e robong.
43 Banethinime:+ Bara ba Ziha, bara ba Hasufa, bara ba Tabaothe,+ 44 bara ba Kerose, bara ba Siaha, bara ba Padone,+ 45 bara ba Lebana, bara ba Hagaba, bara ba Akube, 46 bara ba Hagabe, bara ba Salmai,+ bara ba Hanane, 47 bara ba Gidele, bara ba Gahare,+ bara ba Reaia, 48 bara ba Rezine,+ bara ba Nekoda, bara ba Gazame, 49 bara ba Uza, bara ba Pasea,+ bara ba Besai, 50 bara ba Asna, bara ba Meunime, bara ba Nefusime;+ 51 bara ba Bakbuke, bara ba Hakufa, bara ba Karkure,+ 52 bara ba Bazeluthe, bara ba Mehida, bara ba Harsha,+ 53 bara ba Barkose, bara ba Sisera, bara ba Tema,+ 54 bara ba Nezia, bara ba Hatifa.+
55 Bara ba bahlanka ba Solomone:+ Bara ba Sothai, bara ba Soferethe, bara ba Peruda,+ 56 bara ba Jaala, bara ba Darkone, bara ba Gidele,+ 57 bara ba Shefatia, bara ba Hatile, bara ba Pokerethe-hazebaime, bara ba Ami.+
58 Banethinime+ bohle le bara ba bahlanka ba Solomone ba ne ba le makholo a mararo le mashome a robong a metso e ’meli.+
59 Bana ke bona ba neng ba tsoa Tele-mela, Tele-harsha, Kerube, Adone le Imere, ’me ba ne ba sa khone ho bolela malapa a habo ntat’a bona le lesika la bona,+ hore na ke ba Iseraele kapa che: 60 bara ba Delaia, bara ba Tobia, bara ba Nekoda,+ makholo a tšeletseng le mashome a mahlano a metso e ’meli. 61 Ho bara ba baprista:+ bara ba Habaia, bara ba Hakoze,+ bara ba Barzilai,+ ea ileng a nka mosali ho barali ba Barzilai+ Mogileade ’me a rehelloa ka bona. 62 Bana ke bona ba ileng ba batla tlaleho ea bona ea ngoliso ho tiisa leloko la bona phatlalatsa, ’me ha baa ka ba iphumana, hoo ba ileng ba thibeloa bopristeng e le ba silafetseng.+ 63 Ka lebaka leo Tirshatha+ a ba bolella hore ba ke ke ba ja+ lintho tse halalelang ka ho fetisisa ho fihlela moprista a ema ka Urime+ le Thumime.
64 Phutheho eohle e le sehlopha se le seng+ e ne e le likete tse mashome a mane a metso e ’meli le makholo a mararo le mashome a tšeletseng,+ 65 kantle le makhoba a bona le makhabunyane a bona, a neng a le likete tse supileng le makholo a mararo le mashome a mararo a metso e supileng; ba ne ba e-na le libini tsa banna+ le libini tsa basali tse makholo a mabeli. 66 Lipere tsa bona li ne li le makholo a supileng le mashome a mararo a metso e tšeletseng, limmoulo tsa bona li le makholo a mabeli le mashome a mane a metso e mehlano,+ 67 likamele tsa bona li ne li le makholo a mane le mashome a mararo a metso e mehlano, liesele tsa bona li ne li le likete tse tšeletseng le makholo a supileng le mashome a mabeli.+
68 Ba bang ba ka sehloohong+ ba malapa a habo ntat’a bona,+ ha ba fihla ntlong ea Jehova,+ e neng e le Jerusalema,+ ba ile ba etsa linyehelo tsa boithaopo+ ntlong ea Molimo oa ’nete, ho etsa hore e eme setšeng sa eona.+ 69 Ho ea ka matla a bona ba fana ka khauta+ bakeng sa phepelo ea lintho tsa ho sebetsa, lidrakema tse likete tse mashome a tšeletseng a motso o mong, le silevera,+ limina tse likete tse hlano, le liaparo tse telele tsa ka holimo+ tsa baprista tse lekholo. 70 Baprista le Balevi le batho ba bang,+ le libini le balebeli ba liheke le Banethinime ba lula metseng ea bona, le Baiseraele bohle ba lula metseng ea bona.+
3 Ha khoeli ea bosupa+ e fihla bara ba Iseraele ba ne ba le metseng ea bona. Batho ba qala ho bokana Jerusalema+ joaloka motho a le mong.+ 2 Jeshua+ mora oa Jozadake le barab’abo, baprista le Zorobabele+ mora oa Shalatiele+ le barab’abo ba qala ho ema ’me ba haha aletare ea Molimo oa Iseraele, ba nyehela mahlabelo a secheso holim ’a eona, ho ea ka se ngoliloeng+ molaong oa Moshe monna oa Molimo oa ’nete.
3 Kahoo ba tiisa aletare ka thata setšeng sa eona,+ etsoe ba ile ba tleloa ke tšabo ka lebaka la lichaba tsa linaha tsena,+ ’me holim ’a eona ba qala ho nyehela ho Jehova mahlabelo a secheso, mahlabelo a secheso a hoseng le a shoalane.+ 4 Joale ba tšoara mokete oa maphephe+ ho ea ka se ngoliloeng,+ ka mahlabelo a secheso letsatsi le letsatsi ka palo ho ea ka molao oa se neng se lokela letsatsi le leng le le leng.+ 5 Ka mor’a moo ho ne ho e-na le nyehelo ea secheso ea kamehla+ le ea likhoeli tse thoasitseng+ le ea linako tsohle tsa mekete tse halalelitsoeng+ tsa Jehova le ea e mong le e mong ea nyehetseng ka ho rata nyehelo ea boithaopo+ ho Jehova. 6 Ho tloha letsatsing la pele la khoeli ea bosupa+ ho ea pele ba ile ba qala ho nyehela mahlabelo a secheso ho Jehova, ha motheo oa tempele ea Jehova o ne o e-s’o ka o raloa.
7 Ba fana ka chelete+ ho ba thuhang majoe+ le ho litsebi tsa mesebetsi ea matsoho,+ le lijo+ le lino le oli+ ho Basidone+ le Batyre,+ hore ba tlose lifate tsa kedare Lebanone,+ ho li isa leoatleng le leng Jopa,+ ho ea ka tumello eo ba e filoeng ke Cyruse+ morena oa Persia.
8 Ka selemo sa bobeli sa ho tla ha bona ntlong ea Molimo oa ’nete Jerusalema, ka khoeli ea bobeli,+ Zorobabele+ mora oa Shalatiele+ le Jeshua+ mora oa Jozadake le barab’abo bona ba bang kaofela, baprista le Balevi, le bohle ba neng ba tsoile kholehong+ ho tla Jerusalema ba qala; joale ba beha Balevi+ boemong ba ho sebeletsa e le batsamaisi ba mosebetsi oa ntlo ea Jehova+ ho tloha ka ba lilemo li mashome a mabeli ho ea holimo. 9 Ka lebaka leo Jeshua,+ bara ba hae le barab’abo, le Kadmiele le bara ba hae, bara ba Juda, ba ema e le sehlopha se le seng ho sebeletsa e le batsamaisi ba baetsi ba mosebetsi ka tlung ea Molimo oa ’nete, le bara ba Henadade,+ bara ba bona le barab’abo bona, Balevi.
10 Ha lihahi li ralile motheo+ oa tempele ea Jehova, joale baprista ba apereng liaparo tsa mosebetsi,+ ka literompeta,+ le Balevi bara ba Asafe,+ ka licymbala,+ ba ema ho rorisa Jehova ho ea ka taelo+ ea Davida morena oa Iseraele. 11 Ba qala ho arabela ka ho rorisa+ le ho leboha Jehova, “etsoe o molemo,+ kaha mosa oa hae o lerato ho Iseraele o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”+ Ha e le batho bohle, ba hooa ka mohoo o phahameng+ ka ho rorisa Jehova ka lebaka la ho raloa ha motheo oa ntlo ea Jehova. 12 Baprista+ ba bangata le Balevi le lihlooho tsa malapa a habo ntat’a bona,+ banna-baholo ba neng ba bone ntlo ea pele,+ ba ne ba lla+ ka mantsoe a phahameng ha ho raloa motheo+ oa ntlo ena ka pel’a mahlo a bona, ha ba bang ba bangata ba ntse ba phahamisa mantsoe ba hooa ka thabo.+ 13 Kahoo batho ba ne ba sa khetholle molumo oa mohoo oa thabo+ ho molumo oa ho lla ha batho, kaha batho ba ne ba hooa ka mohoo o phahameng, ’me molumo oo o ne o utluoa esita le hōle haholo.
4 Eitse ha bahanyetsi+ ba Juda le Benjamine ba utloa hore bara ba Kholeho+ ba ne ba hahela Jehova Molimo oa Iseraele tempele, 2 kapele-pele ba atamela Zorobabele+ le lihlooho+ tsa malapa a habo ntat’a bona ’me ba re ho bona: “E-reng re hahe hammoho le lōna;+ etsoe, feela joaloka lōna, re batla Molimo oa lōna+ ’me re mo etsetsa mahlabelo ho tloha matsatsing a Esare-hadone+ morena oa Assyria, ea re tlisitseng mona.”+ 3 Leha ho le joalo, Zorobabele le Jeshua+ le ba bang kaofela bao e leng lihlooho+ tsa malapa a habo ntat’a bona tsa Iseraele ba re ho bona: “Ha ho moo le kopanang teng le rōna ka ho hahela Molimo oa rōna ntlo,+ etsoe re tla hahela Jehova Molimo oa Iseraele re le hammoho, feela joalokaha Morena Cyruse+ morena oa Persia a re laetse.”
4 Batho ba naha ba tsoela pele ho fokolisa+ matsoho a sechaba sa Juda le ho se nyahamisa hore se se ke sa haha,+ 5 le ho hira+ baeletsi khahlanong le sona ho nyopisa morero oa sona matsatsing ’ohle a Cyruse morena oa Persia ho fihlela pusong ea Dariuse+ morena oa Persia. 6 Pusong ea Assueruse, qalong ea puso ea hae, ba ngola qoso+ khahlanong le baahi ba Juda le Jerusalema. 7 Hape, matsatsing a Artaxerxese, Bishlame, Mithredathe, Tabiele le balekane ba hae ba bang kaofela ba ngolla Artaxerxese morena oa Persia, ’me se ngotsoeng lengolong leo se ne se ngotsoe ka litlhaku tsa Searame ’me se fetoletsoe ka puo ea Searame.+
8 Rehume molaoli ea ka sehloohong pusong le mongoli Shimshai ba ngolla Morena Artaxerxese lengolo khahlanong le Jerusalema, ka tsela e latelang: 9 Joale Rehume+ molaoli ea ka sehloohong pusong le mongoli Shimshai le balekane ba bona ba bang kaofela, baahloli le babusisi ba tlaasana ba ka mose ho Nōka,+ bangoli,+ batho ba Ereke,+ Bababylona,+ baahi ba Susa,+ ke hore, Baelame,+ 10 le lichaba+ tse ling kaofela tseo Asnapare+ e moholo le ea hlomphehang a ileng a li isa kholehong le ho li beha metseng ea Samaria,+ le tse ling kaofela tse ka nģ’ane ho Nōka, ——; joale 11 ena ke kopi ea lengolo leo ba ileng ba le romela malebana le taba ena:
“Ho Artaxerxese+ morena oa bahlanka ba hao, banna ba ka nģ’ane ho Nōka: Joale 12 morena a ke a tsebe hore Bajuda ba nyolohetseng mona ba tsoa ho uena ho tla ho rōna ba tlile Jerusalema. Ba haha motse o tletseng borabele le o mobe, ’me ba phetha marako+ le ho lokisa metheo. 13 Joale morena a ke a tsebe hore, haeba motse ona o ka tsosolosoa ’me marako a oona a phethoa, ha ho lekhetho+ leha e le sethabathaba+ kapa tefello ea tsela eo ba tla fana ka eona, ’me ho tla baka tahlehelo polokelong ea matlotlo+ a marena. 14 Joale, feela joalokaha re ja letsoai la ntlo ea ’muso, ’me ho sa tšoanela hore re bone ho hlobolisoa ha morena, ka lebaka lena re rometse le ho tsebisa morena, 15 e le hore ho ka batlisisoa bukeng ea litlaleho+ tsa baholo-holo ba hao. Joale u tla fumana ka bukeng ea litlaleho ’me u tsebe hore motse oo ke motse o tletseng borabele le o bakelang marena le liprofinse tahlehelo, ’me ka har’a oona ho ne ho e-na le bahlohlelletsi ba bofetoheli ho tloha matsatsing a khale. Ka lebaka lena motse oo o fetotsoe lesupi.+ 16 Re tsebisa morena hore, haeba motse oo o ka tsosolosoa ’me marako a oona a phethoa, ka sebele le uena u ke ke ua ba le kabelo ka nģ’ane ho Nōka.”+
17 Morena a romela molaetsa ho Rehume+ molaoli ea ka sehloohong pusong le mongoli Shimshai le balekane ba bona+ ba bang kaofela ba neng ba lula Samaria le ba bang kaofela ba ka nģ’ane ho Nōka:
“Litumeliso!+ Joale 18 tokomane ea molao eo le re rometseng eona e baliloe ka mokhoa o hlakileng ka pel’a ka. 19 Kahoo ke fane ka taelo, ’me ba ile ba batlisisa+ le ho fumana hore motse oo ho tloha matsatsing a khale e ’nile ea e-ba o tsohelang marena matla le oo ho oona borabele le bofetoheli li ’nileng tsa ntšetsoa pele.+ 20 Ho ile ha e-ba le marena a matla+ Jerusalema ’me a busa bohle ka nģ’ane ho Nōka,+ hape a ne a fuoa lekhetho, sethabathaba le tefello ea tsela.+ 21 Joale fanang ka taelo hore banna bana ba shahlileng ba khaotse, hore motse oo o se ke oa tsosolosoa ho fihlela ke fana ka taelo. 22 Kahoo hlokomelang hore ho se ke ha e-ba le ho se tsotelle mabapi le ho nka bohato ntlheng ena, e le hore bobe bo ntšang marena kotsi bo se ke ba eketseha.”+
23 Joale ka mor’a hore kopi ea tokomane ea molao ea Morena Artaxerxese e baloe ka pel’a Rehume+ le mongoli Shimshai+ le metsoalle ea bona,+ ba ea Jerusalema ka potlako ho Bajuda ’me ba ba thibela ka lihlomo.+ 24 Joale mosebetsi oa ntlo ea Molimo, e neng e le Jerusalema, oa khaotsa; oa ’na oa khaotsa ho fihlela selemong sa bobeli sa puso ea Dariuse+ morena oa Persia.
5 Moprofeta Hagai+ le moprofeta Zakaria+ setloholo sa Ido+ ba profetela Bajuda ba neng ba le Juda le Jerusalema, ka lebitso+ la Molimo oa Iseraele ea neng a ba okametse.+ 2 Joale Zorobabele+ mora oa Shalatiele+ le Jeshua+ mora oa Jozadake ba ema ’me ba qala ho tsosolosa ntlo ea Molimo, e neng e le Jerusalema; baprofeta ba Molimo+ ba ne ba e-na le bona ba ba thusa. 3 Nakong eo Tatenai+ ’musisi ea ka nģ’ane ho Nōka+ le Shethare-boznai le balekane ba bona ba tla ho bona, ’me ba ne ba re ho bona: “Ke mang ea le fileng taelo ea ho haha ntlo ee le ho phetha mohaho oo oa libalaka?”+ 4 Joale ba re ho bona: “Mabitso a banna ba shahlileng ba hahang mohaho oo ke bo-mang?” 5 Leihlo+ la Molimo oa bona le ile la e-ba holim ’a+ banna ba baholo ba Bajuda, ’me ha baa ka ba ba thibela ho fihlela tlaleho e ka isoa ho Dariuse ’me joale tokomane ea molao malebana le sena e ka khutlisoa.
6 Ke ena kopi+ ea lengolo leo Tatenai+ ’musisi ea ka nģ’ane ho Nōka+ le Shethare-boznai+ le balekane ba hae,+ babusisi ba tlaasana ba neng ba le ka nģ’ane ho Nōka, ba ileng ba le romela ho Morena Dariuse; 7 ba ile ba romela molaetsa ho eena, ’me se ngotsoeng ka har’a lona se ne se le ka mokhoa ona:
“Ho Morena Dariuse:
“Khotso eohle!+ 8 Morena a ke a tsebe hore re ile ra ea profinseng+ ea Juda ntlong ea Molimo e moholo,+ ’me e ntse e hahuoa ka majoe a phikoloselitsoeng libakeng tsa ’ona, ’me lifate li ntse li behoa maboteng; mosebetsi oo o ntse o etsoa ka cheseho ebile o hatela pele matsohong a bona. 9 Joale re ile ra botsa banna bana ba baholo. Ra re ho bona: ‘Ke mang ea le fileng taelo ea ho haha ntlo ee le ho phetha mohaho oo oa libalaka?’+ 10 Ra boela ra ba botsa mabitso a bona, e le hore re ka u tsebisa, e le hore re ka ngola mabitso a banna ba shahlileng ba ba eteletseng pele.+
11 “Ona ke molaetsa oo ba o khutliselitseng ho rōna, ba re: ‘Re bahlanka ba Molimo oa maholimo le lefatše,+ ’me re tsosolosa ntlo e ileng ea hahuoa lilemo tse ngata pele ho ena, eo morena e moholo oa Iseraele a ileng a e haha le ho e phetha.+ 12 Leha ho le joalo, kahobane bo-ntat’a rōna ba ile ba halefisa+ Molimo oa maholimo, o ile a nehelana ka bona+ letsohong la Nebukadnezare+ morena oa Babylona, Mokalde,+ ’me a heletsa ntlo ena+ eaba o isa batho kholehong Babylona.+ 13 Leha ho le joalo, ka selemo sa pele sa Cyruse+ morena oa Babylona, Morena Cyruse o ile a fana ka taelo ea hore ho tsosolosoe ntlo ena ea Molimo.+ 14 Le lijana+ tsa khauta le silevera tsa ntlo ea Molimo tseo Nebukadnezare a neng a li ntšitse tempeleng, e neng e le Jerusalema, ’me a li tlisa tempeleng ea Babylona,+ Morena Cyruse+ a li ntša ka tempeleng ea Babylona, ’me tsa fuoa Sheshebazare,+ e leng lebitso la eo a ileng a mo etsa ’musisi.+ 15 A re ho eena: “Nka lijana+ tsena. E-ea, u li behe ka tempeleng e Jerusalema, ’me ntlo ea Molimo e ke e tsosolosoe sebakeng sa eona.”+ 16 Ha Sheshebazare eo a fihlile a rala metheo ea ntlo ea Molimo,+ e Jerusalema; ho tloha nakong eo ho fihlela joale e ntse e tsosolosoa empa ha e e-s’o phethoe.’+
17 “Joale haeba ho bonahala ho le molemo ho morena, ho ke ho batlisisoe+ ka tlung ea morena ea matlotlo e leng moo Babylona, hore na ho joalo hore taelo+ e ile ea fanoa e tsoa ho Morena Cyruse hore ho tsosolosoe ntlo eo ea Molimo e Jerusalema; qeto ea morena malebana le sena a ke a e romele ho rōna.”
6 Joale Morena Dariuse a fana ka taelo, ’me ba batlisisa ka tlung ea litlaleho+ tsa matlotlo a behiloeng moo Babylona. 2 Ekbatana, sebakeng se etselitsoeng qhobosheane se neng se le profinseng ea Media,+ ho ile ha fumanoa moqolo, ’me ka har’a oona ho ne ho ngotsoe tlaleho e reng:
3 “Ka selemo sa pele sa Morena Cyruse,+ Morena Cyruse o ile a fana ka taelo malebana le ntlo ea Molimo e Jerusalema: Ntlo e ke e tsosolosoe hore e be sebaka seo ba lokelang ho nyehela mahlabelo ho sona,+ ’me metheo ea eona e lokela ho tiisoa, bophahamo ba eona e be litsoe tse mashome a tšeletseng, bophara ba eona e be litsoe tse mashome a tšeletseng,+ 4 hammoho le mela e meraro ea majoe a phikoloselitsoeng+ libakeng tsa ’ona le mola o le mong oa lifate;+ litšenyehelo li ke li fanoe ho tsoa ntlong ea morena.+ 5 Hape lijana+ tsa ntlo ea Molimo tsa khauta le silevera tseo Nebukadnezare+ a li ntšitseng ka tempeleng e neng e le Jerusalema ’me a li tlisa Babylona li ke li khutlisoe, e le hore li ka fihla tempeleng e Jerusalema sebakeng sa eona ’me li behoe ka tlung ea Molimo.+
6 “Joale Tatenai+ ’musisi ea ka nģ’ane ho Nōka,+ Shethare-boznai+ le balekane ba bona, babusisi ba tlaasana+ ba ka ’nģane ho Nōka, suthelang hōle le moo.+ 7 Tlohelang+ mosebetsi o etsoang ntlong eo ea Molimo. ’Musisi oa Bajuda le banna ba baholo ba Bajuda ba tla tsosolosa ntlo eo ea Molimo sebakeng sa eona. 8 Ke fane ka taelo+ mabapi le seo le tla se etsa ka banna bana ba baholo ba Bajuda, bakeng sa hore ho tsosolosoe ntlo eo ea Molimo; polokelong ea matlotlo ea borena+ ea lekhetho la ka nģ’ane ho Nōka ho tla fanoa ka litšenyehelo ka potlako+ ho sa khaotsoe+ ho banna bana ba shahlileng. 9 Se hlokahalang, lipohoana+ hammoho le lipheleu+ le likonyana+ bakeng sa mahlabelo a secheso a Molimo oa leholimo, koro,+ letsoai,+ veine+ le oli,+ feela joalokaha baprista ba Jerusalema ba bolela, ba ke ba li fuoe ka ho tsoelang pele letsatsi le letsatsi ntle ho phoso; 10 e le hore ka ho tsoelang pele+ ba ka hlahisa linyehelo tse khahlisang+ ho Molimo oa maholimo ’me ba rapelle bophelo ba morena le ba bara ba hae.+ 11 Ke fane ka taelo ea hore, ha e le mang kapa mang ea tlōlang+ molao-taelo ona, ho tla ntšoa sefate+ ka tlung ea hae ’me o tla khokhotheloa+ ho sona, hape ntlo ea hae e tla fetoloa ntloana ea sechaba ka lebaka lena.+ 12 E se eka Molimo ea entseng hore lebitso la hae+ le lule moo a ka liha batho le morena leha e le ofe ea otlollang letsoho la hae ho etsa tlōlo le ho senya+ ntlo eo ea Molimo, e Jerusalema. ’Na, Dariuse, ke fana ka taelo. E ke e phethoe ka potlako.”
13 Joale Tatenai ’musisi ea ka nģ’ane ho Nōka,+ Shethare-boznai+ le balekane ba bona, feela joalokaha Morena Dariuse a ne a rometse taelo, ba etsa joalo ka potlako. 14 Banna ba baholo+ ba Bajuda ba ne ba ntse ba haha+ ebile ba hatela pele tlas’a boprofeta ba moprofeta Hagai+ le Zakaria+ setloholo sa Ido,+ ’me ba e haha le ho e phetha ka lebaka la taelo ea Molimo oa Iseraele+ le ka lebaka la taelo ea Cyruse+ le Dariuse+ le Artaxerxese+ morena oa Persia. 15 Ba phetha ntlo ena ka letsatsi la boraro la khoeli ea Adare,+ ke hore, ka selemo sa botšelela sa puso ea Morena Dariuse.
16 Bara ba Iseraele, baprista le Balevi+ le ba bang kaofela ba kileng ba isoa kholehong+ ba tšoara tšebeletso ea khakolo+ ea ntlo ena ea Molimo ka thabo. 17 Bakeng sa khakolo ea ntlo ena ea Molimo ba hlahisa lipoho tse lekholo, lipheleu tse makholo a mabeli, likonyana tse makholo a mane, le liphooko tse leshome le metso e ’meli e le nyehelo ea sebe bakeng sa Baiseraele bohle, ho ea ka palo ea meloko ea Iseraele.+ 18 Ba beha baprista lihlopheng tsa bona le Balevi lihlopheng tsa bona,+ bakeng sa tšebeletso ea Molimo e Jerusalema, ho ea ka taelo ea buka ea Moshe.+
19 Ba kileng ba isoa kholehong ba tšoara paseka+ ka letsatsi la leshome le metso e mene la khoeli ea pele.+ 20 Kaha baprista le Balevi ba ne ba itlhoekisitse+ e le sehlopha se le seng, kaofela ha bona ba ne ba hloekile, kahoo ba hlaba phofu ea paseka+ bakeng sa bohle ba kileng ba isoa kholehong le bakeng sa barab’abo bona baprista le bakeng sa bona. 21 Joale bara ba Iseraele ba neng ba khutlile Kholehong ba ja,+ le e mong le e mong ea neng a ikaroletse ho bona ho tloha ho se hloekeng+ ha lichaba tsa naha, ho batla Jehova Molimo oa Iseraele.+ 22 Ba tsoela pele ho tšoara mokete oa mahobe a sa lomosoang+ ka matsatsi a supileng ka thabo; etsoe Jehova o ile a etsa hore ba thabe, ’me o ne a retelelitse+ pelo ea morena oa Assyria ho bona ho matlafatsa matsoho a bona mosebetsing oa ntlo ea Molimo oa ’nete, Molimo oa Iseraele.
7 Ka mor’a lintho tsena pusong ea Artaxerxese+ morena oa Persia, Esdrase+ mora oa Seraia+ mora oa Azaria mora oa Hilkia+ 2 mora oa Shalume+ mora oa Tsadoke mora oa Akitube+ 3 mora oa Amaria+ mora oa Azaria+ mora oa Merajothe+ 4 mora oa Zerahia+ mora oa Uzi+ mora oa Buki+ 5 mora oa Abishua+ mora oa Finease+ mora oa Eleazare+ mora oa moprista ea ka sehloohong+ Arone+— 6 Esdrase ea boletsoeng a nyoloha Babylona; e ne e le mokopitsi ea nang le tsebo+ oa molao oa Moshe,+ oo Jehova Molimo oa Iseraele a neng a fane ka oona, hoo morena a ileng a mo neha sohle seo a se kōpang,+ ho ea ka letsoho la Jehova Molimo oa hae le holim ’a hae.
7 Ka lebaka leo ba bang ba bara ba Iseraele le ba baprista+ le Balevi+ le libini+ le balebeli ba liheke+ le Banethinime+ ba nyolohela Jerusalema ka selemo sa bosupa sa Morena Artaxerxese.+ 8 Qetellong a tla Jerusalema ka khoeli ea bohlano, ke hore, ka selemo sa bosupa sa morena. 9 Etsoe ka letsatsi la pele la khoeli ea pele o ile a hlophisa ho nyoloha Babylona, ’me ka letsatsi la pele la khoeli ea bohlano a fihla Jerusalema, ho ea ka letsoho le molemo la Molimo oa hae le holim ’a hae.+ 10 Etsoe Esdrase o ne a lokisitse+ pelo ea hae hore a bale molao oa Jehova+ le ho o phetha+ le ho ruta+ molao oa tsamaiso+ le toka+ Iseraele.
11 Ena ke kopi ea lengolo leo Morena Artaxerxese a ileng a le fa moprista Esdrase mokopitsi,+ mokopitsi oa mantsoe a litaelo tsa Jehova le oa melao ea hae ea tsamaiso ho Iseraele:
12 “Artaxerxese,+ morena oa marena,+ ho moprista Esdrase, mokopitsi oa molao oa Molimo oa maholimo:+ Khotso e be e phethahetseng.+ Joale 13 ke fane ka taelo+ ea hore e mong le e mong ea sebakeng se pusong ea ka+ oa batho ba Iseraele le baprista ba bona le Balevi ea ratang ho ea Jerusalema le uena a ee.+ 14 Feela joalokaha ho ile ha romeloa taelo e tsoang ho morena le baeletsi ba hae ba supileng+ ea ho batlisisa+ malebana le Juda le Jerusalema molaong+ oa Molimo oa hao+ o matsohong a hao, 15 le ho tlisa silevera le khauta eo morena le baeletsi ba hae ba faneng ka eona ka boithaopo+ ho Molimo oa Iseraele, eo sebaka sa hae sa bolulo se leng Jerusalema,+ 16 ka silevera eohle le khauta eo u e fumaneng liprofinseng tsohle tsa Babylona hammoho le mpho ea sechaba+ le baprista ba fanang ka boithaopo ntlong ea Molimo oa bona,+ e Jerusalema; 17 ka lebaka leo ka potlako u tla reka ka chelete ena lipoho,+ lipheleu,+ likonyana+ le linyehelo tsa tsona tsa lijo-thollo+ le linyehelo tsa tsona tsa lino+ ’me u tla li hlahisa holim ’a aletare ea ntlo ea Molimo oa lōna,+ e Jerusalema.+
18 “Le tla etsa+ eng kapa eng e bonahalang e le molemo ho uena le ho barab’eno ho e etsa ka silevera e ’ngoe kaofela le khauta,+ ho ea ka thato+ ea Molimo oa lōna. 19 Lijana+ tseo u li fuoang bakeng sa tšebeletso ea ntlo ea Molimo oa hao u nehelane ka tsona ka ho feletseng ka pel’a Molimo Jerusalema.+ 20 Lintho tse ling kaofela tse hlokahalang tsa ntlo ea Molimo oa hao tseo ho leng matleng a hao ho fana ka tsona, u tla fana ka tsona li tsoa ntlong ea morena ea matlotlo.+
21 “’Na, Morena Artaxerxese, ke fane ka taelo+ ho batšoari bohle ba matlotlo+ ba leng ka nģ’ane ho Nōka,+ hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo moprista Esdrase,+ mokopitsi oa molao oa Molimo oa maholimo, a e kōpang ho lōna e tla etsoa ka potlako, 22 esita le litalenta+ tse lekholo tsa silevera le litekanyo tsa kore+ tse lekholo tsa koro le litekanyo tse lekholo tsa bate+ tsa veine+ le litekanyo tse lekholo tsa bate tsa oli,+ le letsoai+ le ke keng la lekanngoa. 23 Sohle se leng ka taelo+ ea Molimo oa maholimo se ke se etsoe ka cheseho+ bakeng sa ntlo ea Molimo oa maholimo,+ e le hore ho se ke ha e-ba le khalefo khahlanong le sebaka se pusong ea morena le bara ba hae.+ 24 Le tsebisoa hore, mabapi le bafe kapa bafe ba baprista+ le Balevi,+ libini tsa liletsa,+ balebeli ba menyako,+ Banethinime,+ le basebetsi ba ntlo ena ea Molimo, ha ho lekhetho, sethabathaba+ kapa tefello ea tsela+ eo ho lumeletsoeng hore ba e lefisoe.
25 “Uena, Esdrase, ho ea ka bohlale+ ba Molimo oa hao bo letsohong la hao beha bo-mastrata le baahloli e le hore ka ho tsoelang pele ba ka ahlola+ batho bohle ba leng ka nģ’ane ho Nōka, esita le bohle ba tsebang melao ea Molimo oa hao; leha e le mang ea sa kang a e tseba le tla mo rupela.+ 26 Ha e le e mong le e mong ea sa fetoheng mophethi oa molao oa Molimo oa hao+ le molao oa morena, kahlolo e ke e phethisoe ka potlako holim ’a hae, ebang ke bakeng sa lefu+ kapa bakeng sa ho lelekoa,+ kapa bakeng sa tefiso ea chelete+ kapa bakeng sa ho kenngoa chankaneng.”
27 Ho bokoe Jehova Molimo oa baholo-holo ba rōna,+ ea kentseng ntho e joalo ka pelong+ ea morena, ho khabisa+ ntlo ea Jehova, e Jerusalema! 28 O mpontšitse mosa o lerato+ ka pel’a morena le baeletsi+ ba hae le mabapi le likhosana tsohle tse matla tsa morena. Ke ile ka imatlafatsa ho ea ka letsoho+ la Jehova Molimo oa ka le holim ’a ka, ’me ka qala ho bokella ba ka sehloohong ho tsoa Iseraele hore ba nyolohe le ’na.
8 Joale bana e ne e le lihlooho tsa malapa a habo ntat’a+ bona le ba ngolisitsoeng ka meloko+ ba ileng ba nyoloha le ’na nakong ea puso ea Artaxerxese+ morena oa Babylona: 2 Ho bara ba Finease,+ e le Gershome; ho bara ba Ithamare,+ e le Daniele;+ ho bara ba Davida,+ e le Hatushe; 3 ho bara ba Shekania, ho bara ba Paroshe,+ e le Zakaria, ’me o ne a e-na le ba ngolisitsoeng ba batona ba lekholo le mashome a mahlano; 4 ho bara ba Pahathe-moabe,+ e le Elieho-enai mora oa Zerahia, ’me o ne a e-na le ba batona ba makholo a mabeli; 5 ho bara ba Zatu,+ e le Shekania mora oa Jahaziele, ’me o ne a e-na le ba batona ba makholo a mararo; 6 ho bara ba Adine,+ e le Ebede mora oa Jonathane, ’me o ne a e-na le ba batona ba mashome a mahlano; 7 ho bara ba Elame,+ e le Jeshaia mora oa Athalia, ’me o ne a e-na le ba batona ba mashome a supileng; 8 ho bara ba Shefatia,+ e le Zebadia mora oa Mikaele, ’me o ne a e-na le ba batona ba mashome a robeli; 9 ho bara ba Joabe, e le Obadia mora oa Jehiele, ’me o ne a e-na le ba batona ba makholo a mabeli le leshome le metso e robeli; 10 ho bara ba Bani,+ e le Shelomithe mora oa Josifia, ’me o ne a e-na le ba batona ba lekholo le mashome a tšeletseng; 11 ho bara ba Bebai, e le Zakaria mora oa Bebai,+ ’me o ne a e-na le ba batona ba mashome a mabeli a metso e robeli; 12 ho bara ba Azgade,+ e le Johanane mora oa Hakatane, ’me o ne a e-na le ba batona ba lekholo le leshome; 13 ho bara ba Adonikame,+ bao e neng e le ba ho qetela, ’me ana ke mabitso a bona: Elifelete, Jeiele le Shemaia, ’me ba ne ba e-na le ba batona ba mashome a tšeletseng; 14 ho bara ba Bigvai,+ e le Uthai le Zabbude, ’me ba ne ba e-na le ba batona ba mashome a supileng.
15 Ka ba bokella nōkeng+ e tlang Ahava;+ ra lula re hlomme liahelo moo ka matsatsi a mararo, e le hore nka hlahloba batho+ le baprista,+ empa ha ho le ea mong ho bara ba Levi+ eo ke ileng ka mo fumana moo. 16 Ka lebaka leo ka romeletsa hore ho bitsoe Eliezere, Ariele, Shemaia le Elnathane le Jaribe le Elnathane le Nathane le Zakaria le Meshulame, ba ka sehloohong, le hore ho bitsoe Jojaribe le Elnathane, barupeli.+ 17 Joale ka ba fa taelo malebana le Ido e leng ea ka sehloohong sebakeng sa Kasifia, ’me ka kenya melomong ea bona mantsoe+ ao ba lokelang ho a bolella Ido le barab’abo bao e leng Banethinime+ sebakeng sa Kasifia, ho re tlisetsa basebeletsi+ bakeng sa ntlo ea Molimo oa rōna. 18 Kahoo ba tlisa ho rōna, ho ea ka letsoho le molemo+ la Molimo oa rōna le leng holim ’a rōna, monna ea masene+ ho tsoa ho bara ba Maheli+ setloholo sa Levi+ mora oa Iseraele, e leng, Sherebia+ le bara ba hae le barab’abo, ba le leshome le metso e robeli; 19 le Hashabia ’me o ne a e-na le Jeshaia ho tsoa ho bara ba Merari,+ barab’abo, le bara ba bona, ba le mashome a mabeli. 20 Ho tsoa ho Banethinime, bao Davida le likhosana ba neng ba fane ka bona tšebeletsong ea Balevi, e le Banethinime ba makholo a mabeli le mashome a mabeli, bao kaofela ha bona ba neng ba khethiloe ka mabitso a bona.
21 Joale ka phatlalatsa hore ho itingoe lijo moo nōkeng ea Ahava, hore re ikokobetse+ ka pel’a Molimo oa rōna, ho mo botsa tsela e nepahetseng+ bakeng sa rōna le bakeng sa bana ba rōna ba banyenyane+ le bakeng sa thepa eohle ea rōna. 22 Etsoe ke ile ka ikutloa ke hlajoa ke lihlong ho kōpa lebotho la sesole+ le banna ba lipere+ ho morena ho re thusa khahlanong le sera tseleng, hobane re ne re itse ho morena: “Letsoho+ la Molimo oa rōna le holim ’a bohle ba mo batlang ka lebaka la se molemo,+ empa matla a hae le bohale ba hae+ li khahlanong le bohle ba mo furallang.”+ 23 Ka hona ra itima lijo+ le ho etsa kōpo+ ho Molimo oa rōna malebana le sena, hoo a ileng a itumella hore re mo kōpe ka tieo.+
24 Joale ka arola ba leshome le metso e ’meli ho baokameli ba baprista, e leng, Sherebia,+ Hashabia,+ ’me ba ne ba e-na le barab’abo bona ba leshome. 25 Ka ba bekhela silevera le khauta le lisebelisoa,+ monehelo ntlong ea Molimo oa rōna oo morena+ le baeletsi ba hae+ le likhosana tsa hae le Baiseraele+ bohle ba neng ba ka fumanoa ba neng ba o nehetse. 26 Kahoo ka bekha matsohong a bona litalenta tse makholo a tšeletseng le mashome a mahlano tsa silevera+ le lisebelisoa tsa silevera tse lekholo tse ka rekoang ka litalenta tse peli, le litalenta tse lekholo tsa khauta, 27 le likotlolo tse nyenyane tsa khauta tse mashome a mabeli tse ka rekoang ka lidarike tse sekete le lisebelisoa tse peli tsa koporo e ntle, e bofubelu bo benyang, e lakatsehang joaloka khauta.
28 Joale ka re ho bona: “Lōna le ntho e halalelang+ ho Jehova, le lisebelisoa+ ke ntho e halalelang, le silevera le khauta ke nyehelo ea boithaopo ho Jehova Molimo oa baholo-holo ba lōna. 29 Lulang le falimehile ’me le itebele ho fihlela le li bekha+ ka pel’a baokameli ba baprista le Balevi le likhosana tsa bo-ntate ba Iseraele Jerusalema, ka liholong tsa ho jela+ tsa ntlo ea Jehova.” 30 Baprista le Balevi ba amohela boima ba silevera le khauta le lisebelisoa, ho li tlisa Jerusalema ntlong ea Molimo oa rōna.+
31 Qetellong ra tloha nōkeng ea Ahava+ ka letsatsi la leshome le metso e ’meli la khoeli ea pele+ ho ea Jerusalema, ’me letsoho la Molimo oa rōna la e-ba holim ’a rōna, hoo a ileng a re lopolla+ seatleng sa sera le ho ba laletseng tseleng. 32 Kahoo ra fihla Jerusalema+ ’me ra lula moo ka matsatsi a mararo. 33 Ka letsatsi la bone ra bekha silevera le khauta+ le lisebelisoa+ ka tlung ea Molimo oa rōna letsohong la Meremothe+ mora oa moprista Uria ’me a e-na le Eleazare mora oa Finease ’me ba e-na le Jozabade+ mora oa Jeshua le Noadia mora oa Binui,+ Balevi, 34 ka palo le ka boima bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ka mor’a moo boima bohle ba ngoloa fatše nakong eo. 35 Ba tsoang kholehong, ba kileng ba isoa kholehong,+ ba hlahisetsa Molimo oa Iseraele mahlabelo a secheso,+ lipoho+ tse leshome le metso e ’meli bakeng sa Baiseraele bohle, lipheleu+ tse mashome a robong a metso e tšeletseng, likonyana tse tona tse mashome a supileng a metso e supileng, liphooko+ tse leshome le metso e ’meli e le nyehelo ea sebe, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e le nyehelo ea secheso ho Jehova.
36 Joale ra fana ka melao+ ea morena ho babusisi ba liprofinse+ ba morena le babusisi+ ba ka nģ’ane ho Nōka,+ eaba ba thusa batho+ le ntlo ea Molimo oa ’nete.
9 Hang ha lintho tsena li phethiloe, likhosana+ tsa nkatamela, tsa re: “Batho ba Iseraele le baprista le Balevi ha baa ikarola+ ho lichaba tsa linaha tsena mabapi le lintho tsa tsona tse manyala,+ e leng, Bakanana,+ Bahethe,+ Bapereze,+ Bajebuse,+ Baammone,+ Bamoabe,+ Baegepeta+ le Baamore.+ 2 Etsoe ba amohetse ba bang ba barali ba bona bakeng sa bona le bakeng sa bara ba bona;+ bona, peō e halalelang,+ ba tsoakane+ le lichaba tsa linaha tsena, ’me matsoho a likhosana le batlatsi ba babusisi a bile ka pele-pele+ ho se tšepahaleng hona.”
3 Joale hang ha ke utloa ntho ena ka hahola seaparo+ sa ka le seaparo sa ka se se nang matsoho, eaba ke qala ho hlotha moriri o mong oa hlooho+ ea ka le litelu, ’me ka ’na ka lula ke tsielehile.+ 4 Hape ba phuthehela ho ’na, e mong le e mong a thothomela+ ka lebaka la mantsoe a Molimo oa Iseraele khahlanong le ho se tšepahale ha batho ba isitsoeng kholehong, ha ke ntse ke lutse ke tsielehile ho fihlela ka nyehelo ea lijo-thollo ea shoalane.+
5 Nyehelong ea lijo-thollo+ ea shoalane ka ema ho kokobetsoeng ha ka, ka seaparo sa ka le seaparo sa ka se se nang matsoho se tabohileng, eaba ke khumama ka mangole+ ’me ke otlollela liatla ho Jehova Molimo oa ka.+ 6 Ka tsoela pele ho re:+ “Molimo oa ka, ke ikutloa ke hlajoa ke lihlong+ ’me ke soabile+ ho phahamisetsa sefahleho sa ka ho uena, Molimo oa ka, etsoe liphoso tsa rōna+ li atile holim ’a lihlooho tsa rōna ’me molato oa rōna o bile moholo esita le ho ea fihla maholimong.+ 7 Ho tloha matsatsing a baholo-holo ba rōna+ re ’nile ra ba molatong o moholo ho fihlela letsatsing lena;+ ka lebaka la liphoso tsa rōna, rōna, marena a rōna,+ baprista ba rōna,+ ho nehelanoe ka rōna matsohong a marena a linaha ka sabole,+ ka kholeho+ le ka se tlatlapuoeng+ le ka lifahleho tse hlabiloeng ke lihlong,+ feela joaloka letsatsing lena. 8 Hona joale ka motsotsoana molemo+ o tsoang ho Jehova Molimo oa rōna o tlile ka ho re siela ba phonyohang+ le ka ho re fa thakhisa sebakeng sa hae se halalelang, ho khantša mahlo a rōna,+ Molimo oa rōna, le ho re hlasimolla hanyenyane bohlankeng ba rōna.+ 9 Etsoe re bahlanka;+ Molimo oa rōna ha aa re tlohela bohlankeng ba rōna,+ empa o bontša mosa o lerato ho rōna ka pel’a marena a Persia,+ ho re hlasimolla e le hore re ka phahamisa ntlo ea Molimo oa rōna+ le ho tsosolosa libaka tsa eona tse lesupi+ le ho re fa lerako la majoe+ Juda le Jerusalema.
10 “Molimo oa rōna, joale re tla re’ng ka mor’a see? Etsoe re tlohetse litaelo tsa hao,+ 11 tseo u li laetseng ka bahlanka ba hao baprofeta, ua re, ‘Naha eo le kenang ho eona ho e rua ke naha e litšila ka lebaka la litšila tsa lichaba tsa linaha tsena,+ ka lebaka la lintho tsa tsona tse manyala+ tseo li e tlatsitseng ka tsona ho tloha pheletsong e ’ngoe ho ea pheletsong e ’ngoe+ ka ho se hloeke ha tsona.+ 12 Joale le se ke la fa bara ba tsona barali ba lōna,+ kapa la amohela barali ba tsona bakeng sa bara ba lōna; ho isa nakong e sa lekanyetsoang le se ke la sebeletsa khotso ea tsona+ le katleho ea tsona, e le hore le ka ba matla+ ’me ka sebele la ja karolo e ntle ea naha ’me ruri la e ruela bara ba lōna ho isa nakong e sa lekanyetsoang.’+ 13 Ka mor’a sohle se re hlahetseng ka lebaka la liketso tsa rōna tse mpe+ molato oa rōna o moholo—etsoe, Molimo oa rōna, u nyenyefalitse liphoso tsa rōna,+ ’me u re file ba phonyohileng joaloka bana+— 14 na re tla qala ho tlōla litaelo tsa hao hape le ho etsa lilekane tsa lenyalo+ le lichaba tse etsang lintho tsee tse manyala?+ Na u ke ke ua re tukela ka bohale ho fihlela moo mamello ea hao e fellang teng+ hoo ho ke keng ha e-ba le ea mong ea salang+ le ea mong ea phonyohang? 15 Jehova Molimo oa Iseraele, u lokile,+ hobane re siiloe re le batho ba phonyohileng joaloka letsatsing lena. Ke rōna bana ka pel’a hao re le molato,+ etsoe ha ho bonolo ho ema ka pel’a hao ka lebaka la sena.”+
10 Joale hang ha Esdrase a rapetse+ ’me a ipoletse+ ha a ntse a lla ’me a itihetse fatše ka sefahleho+ ka pel’a ntlo+ ea Molimo oa ’nete, ba Iseraele ba phuthehela ho eena, phutheho e khōlō haholo, banna le basali le bana, etsoe batho ba ne ba llile haholo. 2 Joale Shekania mora oa Jehiele+ oa bara ba Elame+ a araba ’me a re ho Esdrase: “Rōna—re entse ka ho se tšepahale khahlanong le Molimo oa rōna, hoo re ileng ra fana ka bolulo ho basali basele ba lichaba tsa naha ena.+ Empa joale ho na le tšepo+ bakeng sa Iseraele malebana le sena. 3 Joale a re hlabeng selekane+ le Molimo oa rōna sa ho lahla+ basali bohle le ba tsoetsoeng ke bona ho ea ka morero oa Jehova le oa bohle ba thothometsoang+ ke taelo+ ea Molimo oa rōna, e le hore ho ka etsoa ho ea ka molao.+ 4 Ema, etsoe taba ena e matleng a hao, ’me re na le uena. E-ba matla ’me u nke bohato.”
5 Eaba Esdrase oa ema ’me o etsa hore baokameli ba baprista, Balevi le Baiseraele bohle ba nke kano+ ea ho etsa ho ea ka lentsoe lena. Ka lebaka leo ba nka kano. 6 Joale Esdrase a ema a tloha ka pel’a ntlo ea Molimo oa ’nete ’me a ea holong ea ho jela+ ea Johanane mora oa Eliashibe. Le hoja a ile a ea moo, ha aa ka a ja bohobe+ ’me ha aa ka a noa metsi, kaha o ne a siame+ ka lebaka la ho se tšepahale ha batho ba kholehong.
7 Joale ba fetisa mohoo ho pholletsa le Juda le Jerusalema bakeng sa hore bohle ba kileng ba isoa kholehong+ ba phuthehele Jerusalema; 8 mang kapa mang ea neng a sa tle+ nakong ea matsatsi a mararo ho ea ka morero oa likhosana+ le banna ba baholo—thepa eohle ea hae e ne e tla behoa tlas’a thohako+ ’me a aroloe+ phuthehong ea batho ba kholehong. 9 Kahoo batho bohle ba Juda le Benjamine ba phuthehela Jerusalema nakong ea matsatsi a mararo, ke hore, ka khoeli ea borobong+ ka letsatsi la mashome a mabeli la khoeli, ’me batho bohle ba ’na ba lula sebakeng se sabaletseng sa ntlo ea Molimo oa ’nete, ba thothomela ka lebaka la taba eo le ka lebaka la lipula.+
10 Qetellong moprista Esdrase a ema ’me a re ho bona: “Le entse ka ho se tšepahale ka hore ebe le ile la fana ka bolulo ho basali basele+ e le ho ekelletsa molatong oa Iseraele.+ 11 Joale ipoleleng+ ho Jehova Molimo oa baholo-holo ba lōna ’me le etse se mo khahlisang+ ’me le ikarole ho lichaba tsa naha ena le ho basali basele.”+ 12 Eaba phutheho eohle ea araba ’me e re ka lentsoe le phahameng: “Ho matleng a rōna ho etsa hantle feela ho ea ka lentsoe la hao.+ 13 Leha ho le joalo, batho ba bangata, ’me ke nako ea lipula, hape ha ho khonehe ho ema ka ntle; mosebetsi oo o ke ke oa nka letsatsi le le leng kapa a mabeli, etsoe re entse borabele ka tekanyo e khōlō tabeng ena. 14 Kahoo, ka kōpo, e-re likhosana+ tsa rōna li sebeletse ka tsela e emelang phutheho eohle; ha e le bohle ba metseng ea rōna ba faneng ka bolulo ho basali basele, e-re ba tle ka linako tse behiloeng ’me ba tle le banna ba baholo ba motse o mong le o mong le baahloli ba oona, ho fihlela re tlositse bohale bo tukang ba Molimo oa rōna ho rōna, ka lebaka la taba ena.”
15 (Leha ho le joalo, Jonathane mora oa Asahele le Jazeia mora oa Tikva ba ema khahlanong+ le sena, ’me Meshulame le Shabthai+ Balevi ke bona ba ileng ba ba thusa.) 16 Ba kileng ba isoa kholehong+ ba qala ho etsa ka tsela eo; moprista Esdrase le banna bao e neng e le lihlooho tsa bo-ntate tsa malapa a habo ntat’a bona,+ kaofela ha bona ka mabitso a bona, joale ba ikarola ’me ba qala ho lula ka letsatsi la pele la khoeli ea leshome+ ho botsa ka taba eo;+ 17 butle-butle ba qeta ka banna bohle ba neng ba fane ka bolulo ho basali basele+ ka letsatsi la pele la khoeli ea pele. 18 Ha fumanoa ba bang ba bara ba baprista+ ba neng ba fane ka bolulo ho basali basele; ho bara ba Jeshua+ mora oa Jozadake+ le barab’abo, e le Maseia le Eliezere le Jaribe le Gedalia. 19 Empa ba tšepisa ka ho tšoarana ka matsoho hore ba lahle basali ba bona, le hore, kaha ba molato,+ ho lokela hore ho be le pheleu+ ea mohlape bakeng sa molato oa bona.
20 Ho bara ba Imere+ ho ne ho e-na le Hanani le Zebadia; 21 ho bara ba Harime,+ e le Maseia le Elia le Shemaia le Jehiele le Uzia; 22 ho bara ba Pashkure,+ e le Elioenai, Maseia, Ishmaele, Nethaniele, Jozabade le Eleasa. 23 Ho Balevi, e le Jozabade le Shimei le Kelaia (ke hore, Kelita), Pethahia, Juda le Eliezere; 24 ho libini, e le Eliashibe; ho balebeli ba liheke, e le Shalume le Teleme le Uri.
25 Ho Iseraele, ho bara ba Paroshe+ ho ne ho e-na le Ramia le Izia le Malkija le Mijamine le Eleazare le Malkija le Benaia; 26 ho bara ba Elame,+ e le Matania, Zakaria le Jehiele+ le Abdi le Jeremothe le Elia; 27 ho bara ba Zatu,+ e le Elioenai, Eliashibe, Matania le Jeremothe le Zabade le Aziza; 28 ho bara ba Bebai,+ e le Johanane, Hanania, Zabai, Athlai; 29 ho bara ba Bani, e le Meshulame, Maluke le Adaia, Jashube le Sheale le Jeremothe; 30 ho bara ba Pahathe-moabe,+ e le Adna le Kelale, Benaia, Maseia, Matania, Bezalele le Binui le Manase; 31 ho bara ba Harime,+ e le Eliezere, Ishija, Malkija,+ Shemaia, Shimeone, 32 Benjamine, Maluke le Shemaria; 33 ho bara ba Hashume,+ e le Matenai, Matata, Zabade, Elifelete, Jeremai, Manase le Shimei; 34 ho bara ba Bani, e le Maadai, Amrame le Uele, 35 Benaia, Bedeia, Keluhi, 36 Vania, Meremothe, Eliashibe, 37 Matania, Matenai le Jasu; 38 ho bara ba Binui, e le Shimei 39 le Shelemia le Nathane le Adaia, 40 Maknadebai, Shashai, Sharai, 41 Azarele le Shelemia, Shemaria, 42 Shalume, Amaria, Josefa; 43 ho bara ba Nebo, e le Jeiele, Matithia, Zabade, Zebina, Jadai le Joele le Benaia. 44 Bana bohle ba ne ba amohetse basali basele,+ eaba ba qala ho re basali bao ba tsamaee hammoho le bara.