Jobo
1 Ho ne ho e-na le monna eo lebitso la hae e leng Jobo+ naheng ea Utse;+ monna eo o ne a sa tšoauoe phoso+ a bile a lokile,+ ’me a tšaba Molimo+ a bile a kheloha bobe.+ 2 O ile a tsoalloa bara ba supileng le barali ba bararo.+ 3 Liphoofolo tsa hae tse ruiloeng+ e ne e le linku tse likete tse supileng le likamele tse likete tse tharo le lipane tse makholo a mahlano tsa likhomo le liesele tse tšehali tse makholo a mahlano, hammoho le sehlopha se seholo haholo sa bahlanka; monna eo a ba moholo ka ho fetisisa ho baahi bohle ba Bochabela.+
4 Bara ba hae ba tsamaea ’me ba tšoara mokete+ ntlong ea e mong le e mong ka letsatsi la hae; ba romeletsa ’me ba mema likhaitseli tsa bona tse tharo hore li je le ho noa le bona. 5 E ne e re ha matsatsi a mokete a phethehile, Jobo o ne a romeletsa ’me a ba halaletsa;+ a tsoha hoseng haholo ’me a nyehela mahlabelo a secheso+ ho ea ka palo ea bona kaofela; etsoe, Jobo o ne a re, “mohlomong bara ba ka ba entse sebe ’me ba rohakile+ Molimo ka lipelong tsa bona.”+ Ke tsela eo Jobo a neng a etsa ka eona kamehla.+
6 Joale ea e-ba letsatsi leo ka lona bara ba Molimo oa ’nete+ ba kenang hore ba eme ka pel’a Jehova,+ eaba Satane+ le eena o kena har’a bona.+
7 Joale Jehova a re ho Satane: “U tsoa hokae?” Eaba Satane o araba Jehova ’me o re: “Ke tsoa solla lefatšeng+ le ho tsamaea ho lona.”+ 8 Jehova a tsoela pele ho re ho Satane: “Na u behile pelo ea hao ho mohlanka oa ka Jobo, hore ha ho ea joaloka eena lefatšeng,+ monna ea sa tšoauoeng phoso+ le ea lokileng,+ ea tšabang Molimo+ le ea khelohang bobe?”+ 9 Eaba Satane o araba Jehova ’me o re: “Na ke ha lefeela ha Jobo a tšaba Molimo?+ 10 Na ha ua hloma lekhoakhoa ho mo potoloha ka hohle+ le ho potoloha ntlo ea hae le ho potoloha ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona? U hlohonolofalitse+ mosebetsi oa matsoho a hae, ’me liphoofolo tsa hae tse ruiloeng li hasane hohle lefatšeng. 11 Empa, ho fapana le hoo, ka kōpo, otlolla letsoho, u ame ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona ’me u bone hore na a ke ke a u rohaka sefahla-mahlo.”+ 12 Tumellanong le hoo Jehova a re ho Satane: “Bona! Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona e letsohong la hao. U mpe u se ke ua otlolla letsoho la hao khahlanong le eena!” Kahoo Satane a tsoa ka pel’a sefahleho sa Jehova.+
13 Joale ea e-ba letsatsi leo ka lona bara ba hae le barali ba hae ba neng ba ja ’me ba noa veine ka tlung ea mor’abo bona oa letsibolo.+ 14 Lenģosa+ la fihla ho Jobo, la re: “Likhomo li ne li lema+ ’me liesele tse tšehali li ne li fula ka thōko ho tsona 15 ha Basabea+ ba futuha ’me ba li nka, eaba ba bolaea bahlanka ka bohale ba sabole; ke phonyohile ke le mong, hore ke tl’o u bolella.”+
16 Ha lena le sa ntse le bua le leng la fihla ’me la re: “Mollo oa Molimo o oele leholimong+ ’me oa qala ho chesa linku le bahlanka le ho ba qeta; ke phonyohile ke le mong, hore ke tl’o u bolella.”
17 Ha leo le sa ntse le bua le leng la fihla ’me la re: “Bakalde+ ba ile ba etsa lihlopha tse tharo ’me ba potlakela likameleng ba li nka, eaba ba bolaea bahlanka ka bohale ba sabole; ke phonyohile ke le mong, hore ke tl’o u bolella.”
18 Ha lena le leng le sa ntse le bua, le leng hape la fihla ’me la re: “Bara ba hao le barali ba hao ba ne ba ja ’me ba noa veine+ ka tlung ea mor’abo bona oa letsibolo. 19 Bona! ha tla moea o moholo+ o tsoang sebakeng sa lefeella, eaba o otla likhutlo tse ’nè tsa ntlo, hoo e ileng ea oela bacha bao holimo ’me ba shoa. Ke phonyohile ke le mong, hore ke tl’o u bolella.”
20 Jobo a ema a hahola+ seaparo sa hae se se nang matsoho ’me a ikuta moriri+ eaba o itihela fatše+ oa inama+ 21 ’me o re:
“Ke tsoile ka mpeng+ ea ’Mè ke le feela,
Ke tla khutlela teng+ ke le feela.
Jehova o fane,+ ’me Jehova o nkile.+
Lebitso la Jehova le ke le tsoele pele ho bokoa.”+
22 Ho sena sohle Jobo ha aa ka a etsa sebe kapa a beha Molimo molato ka ntho leha e le efe e sa tšoanelang.+
2 Ka mor’a moo ea e-ba letsatsi leo ka lona bara ba Molimo oa ’nete ba kenang hore ba eme ka pel’a Jehova, eaba Satane le eena o kena har’a bona hore a eme ka pel’a Jehova.+
2 Joale Jehova a re ho Satane: “Hantle-ntle u tsoa hokae?” Eaba Satane o araba Jehova o re: “Ke tsoa solla lefatšeng le ho tsamaea ho lona.”+ 3 Jehova a tsoela pele ho re ho Satane: “Na u behile pelo ea hao ho mohlanka oa ka Jobo,+ hore ha ho ea joaloka eena lefatšeng, monna ea sa tšoauoeng phoso le ea lokileng,+ ea tšabang Molimo+ le ea khelohang bobe?+ Esita le hona joale o tšoareletse ka tieo botšepehing+ ba hae, le hoja u ntšusumelletsa+ hore ke mo timetse ntle ho lebaka.”+ 4 Empa Satane+ a araba Jehova a re: “Letlalo bakeng sa letlalo, ’me motho o tla nehelana ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona bakeng sa moea oa hae.+ 5 Ho fapana le hoo, ka kōpo, otlolla letsoho, u ame lesapo la hae le nama ea hae ’me u bone hore na a ke ke a u rohaka sefahla-mahlo.”+
6 Tumellanong le hoo Jehova a re ho Satane: “O letsohong la hao! U mpe u lebele moea oa hae!” 7 Kahoo Satane a tloha ka pel’a sefahleho sa Jehova+ ’me a otla Jobo ka mathopa+ a bolaeang ho tloha bohatong ba leoto ho ea har’a hlooho. 8 A inkela lengeta leo a ka ikhoabitlang ka lona; ’me o ne a lutse moloreng.+
9 Qetellong mosali oa hae a re ho eena: “Na u sa ntse u tšoareletse ka tieo botšepehing ba hao?+ Rohaka Molimo ’me u shoe!” 10 Empa a re ho eena: “Le uena u bua joaloka e mong oa basali ba se nang kelello.+ Na re tla amohela se molemo feela ho Molimo oa ’nete ’me re se ke ra amohela le se sebe?”+ Ho sena sohle Jobo ha aa ka a etsa sebe ka molomo oa hae.+
11 Metsoalle ea Jobo e meraro ea utloa ka tlokotsi ena eohle e mo hlahetseng, ’me ea tla, e mong le e mong a tsoa sebakeng sa hae, Elifaze Motemane+ le Bildade Moshuha+ le Tsofare Monaama.+ Kahoo ea kopana hammoho ka taetsano+ hore e tl’o mo utloela bohloko le ho mo tšelisa.+ 12 Ha e phahamisa mahlo e le hōle ha ea ka ea mo tseba ka nako eo. Ea phahamisa mantsoe ’me ea lla eaba e mong le e mong o hahola+ seaparo sa hae se se nang matsoho ’me o hasanyetsa lerōle maholimong eaba le oela lihloohong tsa bona.+ 13 Ea ’na ea lula+ le eena fatše ka matsatsi a supileng le masiu a supileng, ’me ho ne ho se na ea reng letho ho eena, etsoe e ne e bona hore bohloko+ bo ne bo le boholo haholo.
3 Ke ka mor’a sena Jobo a ileng a ahlamisa molomo ’me a qala ho rohaka letsatsi la hae.+ 2 Joale Jobo a araba ’me a re:
3 “Letsatsi leo ke ileng ka tsoaloa+ ka lona le ke le timele,
Le bosiu boo ka bona e mong a ileng a re, ‘Ho emotsoe monna ea shahlileng!’
4 Ha e le letsatsi leo, e ke e be lefifi.
Molimo a se ke a le batla a le holimo,
Kapa khanya e se ke ea le khantšetsa.
5 Botšo le moriti o lefifi li le nke.
Leru la pula le lule holim ’a lona.
Lintho tse fifatsang letsatsi li ke li le tšose.+
6 Bosiu boo—bo ke bo nkoe ke botšo;+
Bo se ke ba ikutloa bo nyakaletse har’a matsatsi a selemo;
Bo se ke ba kena palong ea likhoeli.
9 Linaleli tsa meso ea bona li ke li fifale;
Bo ke bo letele leseli ’me le se ke la e-ba teng;
Bo se ke ba bona mahlaseli a mafube.
11 Ke hobane’ng ha ke sa ka ka shoa ha ke tsoa ka pōpelong?+
Ke hobane’ng ha ke sa ka ka tsoa ka pōpelong ebe kea shoa?
12 Ke hobane’ng ha mangole a ile a nkamohela,
Ke hobane’ng ha matsoele+ a ile a nkamohela e le hore nka anya?
13 Etsoe joale nka be ke robetse e le hore ke se ke ka khathatsoa;+
Nka be ke robetse nakong eo; nka be ke phomotse+
14 Hammoho le marena le baeletsi ba lefatše,+
Ba ikahelang masupi,+
15 Kapa hammoho le likhosana tse nang le khauta,
Tse tlatsang matlo a tsona ka silevera;
16 Kapa, joaloka mpa e senyehileng+ e patehileng, nka be ke sa ka ka ba teng,
Joaloka bana ba sa kang ba bona leseli.+
18 Batšoaruoa ba lutse hammoho ka boiketlo;
Ha e le hantle ha ba utloe lentsoe la ea ba qobellang ho sebetsa.+
21 Ke hobane’ng ha ho e-na le ba letetseng lefu, ’me le le sieo,+
Le hoja ba ntse ba le cheka ho feta ha ba cheka matlotlo a patiloeng?
22 Ba thabang ka nyakallo e fetisisang,
Ba thaba kahobane ba fumana sebaka sa lepato.
23 [Ke hobane’ng ha a fa] monna ea shahlileng [leseli], eo tsela ea hae e patehileng,+
Le eo Molimo a mo etsetsang lekhoakhoa?+
24 Etsoe ho feheloa ha ka ho tla pele ho lijo tsa ka,+
Sello sa ho lumaela ha ka se tšoloha joaloka metsi;+
25 Kahobane ke tšabile ntho e tšabehang, ’me e nkoela holimo;
Seo ke se tšohileng se tla ho ’na.+
26 Ha kea lula ke se na matšoenyeho, kapa hona hore ke lutse ke sa khathatsoe,
Hape ha kea phomola, leha ho le joalo pherekano ea tla.”
4 Elifaze+ Motemane a araba a re:
2 “Haeba motho a leka ho bua le uena, na u tla tepella?
Empa ke mang ea khonang ho thibela mantsoe?
5 Empa lekhetlong lena ho tla ho uena, ’me ua tepella;
Hoa u ama, ’me ua khathatseha.
6 Na tlhompho ea hao ea borapeli hase oona motheo oa kholiseho ea hao?
Na tšepo ea hao hase botšepehi+ ba litsela tsa hao?
7 Ka kōpo, hopola: Ke mang ea hlokang molato ea kileng a timela?
Ke hokae moo ba lokileng+ ba kileng ba felisoa?
9 Ka phefumoloho ea Molimo baa timela,
Ka moea oa bohale ba hae baa fela.
10 Tau ea puruma, ’me ho na le lentsoe la taoana,
Empa meno a litaoana tse moetse aa robeha.
11 Tau ea timela kahobane ho se na phofu,
Malinyane a tau aa arohanngoa.
12 Joale ka tlisetsoa lentsoe ka lenyele,
Tsebe ea ka ea le utloa le hoeshetsoa,+
13 Ka menahano e hlokisang botsitso ea lipono tsa bosiu,
Ha boroko bo tebileng bo oela batho holimo.
14 Tšabo ea nkaparela, le ho thothomela,
Ea tlatsa tšabo masapong a ka a mangata.
15 Moea oa qala ho feta sefahlehong sa ka;
Moriri oa ’mele oa ka oa qala ho baleha.
16 Oa qala ho ema,
Empa ha kea ka ka hlokomela ponahalo ea oona;
Sebōpeho se ne se le ka pel’a mahlo a ka;
Ho ne ho e-na le khutso, joale ka utloa lentsoe:
17 ‘Motho ea shoang—na a ka ba le toka ho feta Molimo?
Kapa na monna ea shahlileng a ka hloeka ho feta Moetsi oa hae?’
18 Bona! Ha a na tumelo ho bahlanka ba hae,
O qosa manģosa a hae ka hore a molato.
19 Ho joalo hakaakang ka ba lulang ka matlung a mobu,
Bao motheo oa bona o leng lerōleng!+
Motho o ba silakanya kapele ho feta tšoèlè.
20 Ba silakanngoa ho tloha hoseng ho fihlela mantsiboea;
Ba timela ka ho sa feleng ho se na mang kapa mang ea ho tebisetsang pelong.
21 Na thapo ea bona ea tente e ka hare ho bona ha ea motsuloa?
Ba shoa ka lebaka la ho haelloa ke bohlale.
5 “Ka kōpo, hooa! Na ho na le ea u arabang?
U tla retelehela ho ofe oa bahalaleli?
2 Etsoe khalefo e tla bolaea leoatla,
Mohono o tla bolaea ea ekoang habonolo.
5 Seo le se kotulang se jeoa ke ea lapileng;
Motho o se nka lihakising tsa nama,
Leraba le hloibila seo ba iphelisang ka sona.
6 Etsoe se kotsi ha se tsoe lerōleng,
Khathatso ha e hlahe mobung.
7 Etsoe motho o tsoalloa khathatso,
Joalokaha litlhase li fofela holimo.
8 Leha ho le joalo, ke ne ke tla kōpa Molimo,
Ke ne ke tla hlahisa nyeoe+ ea ka ho Molimo,
9 Ho Ea etsang lintho tse khōlō tse ke keng tsa batlisisoa,
Lintho tse hlollang tse se nang palo;+
10 Ho Ea fanang ka pula holim ’a lefatše+
Le ea romelang metsi masimong;+
11 Ho Ea behang ba tlaase sebakeng se phahameng,+
E le hore ba hlomohileng ba phahamele polokong;
12 Ho Ea nyopisang merero ea ba masene,+
E le hore matsoho a bona a se ke a sebetsa ka katleho;
13 Ho Ea tšoasang ba bohlale manong+ a bona,
E le hore morero oa ba masene o phethoe ka lepotlapotla;+
14 Esita le motšehare ba thulana le lefifi,
Ba phopholetsa har’a motšehare joalokaha eka ke bosiu;+
15 Ho Ea pholosang mofutsana+ saboleng e tsoang melomong ea bona,
Le letsohong la ea matla,
16 E le hore ho be le tšepo bakeng sa ea tlaase,+
Empa ho se loke ho koale molomo.+
18 Etsoe o baka bohloko, empa o tlamisa leqeba;
O roba likoto, empa matsoho a hae aa folisa.
22 U tla tšeha tlatlapo le tlala,
Ha ho hlokahale hore u tšohe sebata sa lefatše.
23 Etsoe u tla ba le selekane le majoe a naha,
Sebata sa lefatše se tla etsoa hore se phele le uena ka khotso.+
24 Ka sebele u tla tseba hore khotso ke tente ea hao,
U tla tlameha ho ea ’me u bone lekhulo la hao, ’me u ke ke ua hloka letho.
25 Ka sebele u tla tseba hore bana ba hao ba bangata+
Litloholo tsa hao li joaloka limela tsa lefatše.+
27 Bona! Sena ke seo re se batlisisitseng. Se joalo.
Se utloe, ’me uena—u se tsebe.”
6 Jobo a araba a re:
2 “Hoja matšoenyeho+ a ka a ne a ka lekanngoa kaofela,
Ka nako e tšoanang ba behe tsietsi ea ka sekaleng!
3 Etsoe joale e boima ho feta lehlabathe la leoatle.
Ke ka lebaka leo mantsoe a ka e bileng puo e hlaha.+
4 Etsoe marumo a Ea Matla ’Ohle a ho ’na,+
Moea oa ka o noa mahloko a ’ona;+
Matšabeho a tsoang ho Molimo a ema khahlanong le ’na.+
6 Na lintho tse se nang tatso li tla jeoa li se na letsoai,
Kapa ho na le tatso leha e le efe lerong le boreleli la mohalalitoe?
7 Moea oa ka o hanne ho ama ntho leha e le efe.
Li joaloka lefu lijong tsa ka.
8 Hoja seo ke se kōpang se ne se ka fihla
Molimo a phethahatse tšepo ea ka!
10 E ne e ntse e tla ba matšeliso ho ’na;
Ke ne ke tla tlōla ke thabo+ bohlokong ba ho tsoaloa ha ka,
Le hoja a ne a ke ke a ba le qenehelo, etsoe ha kea pata lipolelo+ tsa Mohalaleli.+
11 Matla a ka ke eng, e le hore nka tsoela pele ho leta?+
Bofelo ba ka ke eng, e le hore nka tsoela pele ho lelefatsa moea oa ka?
12 Na matla a ka ke matla a majoe?
Kapa na nama ea ka ke ea koporo?
13 Na ke hobane ke sitoa ho itsoela thuso,
’Me mosebetsi o atlehileng o lelekiloe ho ’na?
14 Ha e le mang kapa mang ea hanelang oa habo+ ka mosa o lerato,
O tla boela a tlohele ho tšaba Ea Matla ’Ohle.+
15 Barab’eso ba sebelitse ka bolotsana,+ joaloka molapo o phoroselang oa mariha,
Joaloka likotopo tsa melapo e phoroselang ea mariha e ntseng e feta.
16 E fifalitsoe ke leqhoa,
Lehloa le ipata ho eona.
18 Litsela tsa eona li khelohela ka thōko;
E nyolohela sebakeng se feela ’me ea timela.
20 Ka sebele ba hlajoa ke lihlong kahobane ba ne ba tšepile;
Ba tlile sebakeng seo ’me baa soetseha.+
22 Na ke hobane ke itse, ‘Mpheng ho hong,
Kapa le mphe mpho e tsoang matleng a mang a lōna;
23 Le mpholose letsohong la mohanyetsi,+
Le ntopolle matsohong a bahatelli’?+
27 Le tla lahla lotho hakaakang bakeng sa motho ea se nang ntate,+
Le ho fapanyetsana ka motsoalle oa lōna!+
30 Na ho na le ho se loke lelemeng la ka,
Kapa mahalapa a ka ha a lemohe tsietsi?
7 “Na lefatšeng ha ho na mosebetsi o qobelloang+ bakeng sa motho ea shoang,
Na matsatsi a hae ha a joaloka matsatsi a mosebetsi ea hiriloeng?+
4 Ha ke robetse ke boetse ka re, ‘Ke tla tsoha+ neng?’
Ha shoalane e phetha tekanyo ea eona, ke boetse ka khora ho hloka phomolo ho fihlela ka meso.
11 Le ’na, nke ke ka thiba molomo oa ka.
Ke tla bua mahlomoleng a moea oa ka;
Ke tla ameha ka bohloko ba moea oa ka!+
12 Na ’na ke leoatle kapa phoofolo ea tonanahali ea leoatle,
Hoo u lokelang ho beha molebeli+ holim ’a ka?
13 Ha ke re, ‘Setulo sa ka se kang moalo se tla ntšelisa,
Bethe ea ka e tla jara ho tšoenyeha ha ka,’
14 U ntšositse ka litoro,
Ka lipono u etsa hore ke qale ho tšoha,
15 Hoo moea oa ka o khethang ho bipetsana,
O khetha lefu+ ho e-na le masapo a ka.
16 Ke bo lahlile;+ ke ne nke ke ka phela ho isa nakong e sa lekanyetsoang.
Ntlohele, etsoe matsatsi a ka ke pululo.+
17 Motho ea shoang+ ke eng e le hore u ka mo hōlisa,
Le hore u behe pelo ea hao ho eena,
18 Le hore u mo ele hloko hoseng ho hong le ho hong,
Hore u mo leke ka motsotso o mong le o mong?+
20 Haeba ke entse sebe, ke tla finyella eng khahlanong le uena, Ea Talimang moloko oa batho?+
Ke hobane’ng ha u mpehile ke le seo u se korotseng, hoo ke lokelang ho ba moroalo ho uena?
21 Ke hobane’ng ha u sa tšoarele tlōlo+ ea ka
U hlokomolohe phoso ea ka?
Etsoe joale ke tla robala lerōleng;+
Ka sebele u tla mpatla, ’me ke tla be ke le sieo.”
8 Bildade Moshuha+ a araba a re:
2 “U tla ’ne u bue lintho+ tsee halelele hakae,
Ha lipolelo tsa molomo oa hao e le feela moea o matla?+
4 Haeba bara ba hao ba mo sitetsoe,
Hoo a ba tlohellang letsohong la bofetoheli ba bona,
Haeba u ka kōpa mohau ho Ea Matla ’Ohle,
6 Haeba u hloekile ’me u lokile,+
Joale o ne a tla tsoha bakeng sa hao
Ka sebele o ne a tla tsosolosa sebaka sa hao sa bolulo se lokileng.
7 Hape, tšimoloho ea hao e ka be e bile ntho e nyenyane,
Empa qetello ea hao hamorao e ne e tla ba khōlō haholo.+
8 Ka kōpo, botsa moloko+ oa pele,
U lebise tlhokomelo ea hao linthong tse batlisisitsoeng ke bo-ntat’a bona.+
10 Na ba ke ke ba u rupela, ba u bolelle,
Na ba ke ke ba hlahisa mantsoe ka lipelong tsa bona?
11 Na semela sa loli+ se tla hōla hore se be selelele kantle ho sebaka se qhafu-qhafu?
Na lehlaka le tla hōla ho se na metsi?
12 Le tla omella le sa ntse le fupile, le sa khuoa,
Esita le pele ho joang bo bong bohle le tla omella.+
13 Litsela tsa bohle ba lebalang Molimo+ li joalo,
Tšepo ea mokoenehi e tla timela,+
14 Eo kholiseho ea hae e felisitsoeng,
Le eo tšepo ea hae e leng ntlo ea sekho.+
15 O tla itšetleha ka ntlo ea hae, empa e ke ke ea tsoela pele e eme;
O tla e tšoara, empa e ke ke ea tšoarella.
17 Metso ea hae e rarahana qubung ea majoe,
O bona ntlo ea majoe.
18 Haeba motho a mo metsa sebakeng sa hae,+
Ka sebele se tla boela se mo latole, se re, ‘Ha kea u bona.’+
20 Bona! Molimo a ke ke a lahla ea sa tšoauoeng phoso,
Leha e le hore o tla tšoara matsoho a baetsi ba bobe,
21 Ho fihlela a tlatsa molomo oa hao ka litšeho,
Molomo oa hao a o tlatsa ka mohoo oa thabo.
9 Jobo a araba a re:
2 “Kannete kea tseba hore ho joalo.
Empa motho ea shoang e ka ba ea nepileng joang nyeoeng le Molimo?+
7 O bolella letsatsi hore le se ke la khanya,
O beha tiiso ho pota linaleli,+
O hatakela maqhubu a phahameng a leoatle;+
9 O etsa sehlopha sa linaleli sa Ashe, sehlopha sa linaleli sa Kesile,
Le sehlopha sa linaleli sa Kima+ le likamore tse ka hare tsa Boroa;
10 O etsa lintho tse khōlō tse ke keng tsa batlisisoa,+
Le lintho tse hlollang tse se nang palo.+
14 Ho joalo hakaakang haeba nka mo araba!
Ke tla khetha mantsoe a ka ho eena,+
15 Eena eo ke neng nke ke ka mo araba, le hoja ke ne ke hlile ke nepile.+
Ke ne ke tla kōpa mohau ho ea nkhanyetsang molaong.+
16 Haeba ke ne ke mo bitsitse, na o ne a tla nkaraba?+
Ha ke lumele hore o ne a tla mamela lentsoe la ka;
17 Eena ea ntematsang ka sefefo
Le eo ka sebele a ngatafatsang maqeba a ka ntle ho lebaka.+
20 Haeba ke ne ke nepile, molomo oa ka o ne o tla phatlalatsa hore ke khopo;
Haeba ke ne ke sa tšoauoe phoso, joale o ne a tla phatlalatsa hore ke khopame.
21 Haeba ke ne ke sa tšoauoe phoso, ke ne nke ke ka tseba moea oa ka;
Ke ne ke tla hana bophelo ba ka.
22 Ho na le ntho e le ’ngoe. Ke ka lebaka leo ke reng,
‘Ea sa tšoauoeng phoso, le ea khopo, oa ba felisa.’+
23 Haeba moroallo o phoroselang o ka baka lefu ka tšohanyetso,
O ne a tla soma ho felloa ke tšepo ha ba hlokang molato.
24 Lefatše ho nehelanoe ka lona letsohong la ea khopo;+
O koahela lifahleho tsa baahloli ba lona.
Haeba ho se joalo, he, ke mang?
26 A tsamaile joaloka likepe tsa lehlaka,
Joaloka ntsu e potlakelang koana le koana bakeng sa se jeoang.+
27 Haeba ke itse, ‘E-re ke lebale ho tšoenyeha+ ha ka,
E-re ke fetole sefahleho+ sa ka ’me ke hlasimolohe,’
30 Haeba ke itlhatsoitse metsing a lehloa,
Ke hloekisitse matsoho a ka ka makhona-tsohle,+
31 Joale u ne u tla nkenya ka sekoting,
Ka sebele liaparo tsa ka li ne li tla ntlhoea.
33 Ha ho motho ea ka etsang qeto pakeng tsa rōna,+
E le hore a ka beha letsoho la hae holim ’a rōna ka bobeli.
35 E-re ke bue ’me ke se ke ka mo tšaba,
Etsoe ha ke na tšekamelo e joalo.
10 “Ka sebele moea oa ka o nyonya bophelo+ ba ka.
Ke tla bonahatsa ho tšoenyeha ha ka ka ’na.
Ke tla bua ka moea o utloileng bohloko!
2 Ke tla re ho Molimo, ‘U se ke ua phatlalatsa hore ke khopo.
Ntsebise hore na ke hobane’ng ha u tsekisana le ’na.
3 Na ke ntho e ntle hore u etse se fosahetseng,+
Hore u lahle sehlahisoa sa mosebetsi o boima oa matsoho+ a hao,
Le hore u khanyetse keletso ea ba khopo?
5 Na matsatsi a hao a joaloka matsatsi a motho ea shoang,+
Kapa lilemo tsa hao li joaloka matsatsi a monna ea shahlileng,
6 E le hore u ka leka ho fumana phoso ea ka
U ’ne u batle sebe sa ka?+
7 U entse sena ho sa tsotellehe ho tseba ha hao hore ha kea fosa,+
Ha ho ea lopollang letsohong la hao?+
8 Matsoho a hao a mpōpile hoo a nkentseng+
Ho pota-pota ka hohle, leha ho le joalo u ka be u ’metsitse.
13 U patile lintho tsena ka pelong ea hao.
Ke tseba hantle hore lintho tsena li ho uena.
14 Haeba ke entse sebe ’me u ’nile ua ntalima+
Ha u nkuke ke le ea hlokang molato+ phosong ea ka;
15 Haeba ke fositse, ho malimabe ’na!+
Haeba ke nepile, nke ke ka phahamisa hlooho,+
Ke khotše ho hlompholoha ’me ke tletse mahloreho.+
16 Haeba e etsa ka boikhohomoso,+ u tla ntsoma joaloka taoana,+
U tla boela u iponahatse u le ea hlollang tabeng ea ka.
17 U tla hlahisa lipaki tsa hao tse ncha ka pel’a ka,
U tla etsa hore khalefo ea hao ho ’na e be khōlō;
Tsietsi e ’ngoe ka mor’a e ’ngoe e ho ’na.
18 Kahoo ke hobane’ng ha u ile ua ’ntša ka pōpelong?+
Nka be ke timetse, e le hore ho se ke ha e-ba le leihlo le ka mponang,
19 Nka be ke bile moo joalokaha eka ke ne ke e-s’o be teng;
Ho tsoa ka mpeng nka be ke isitsoe sebakeng sa lepato.’
20 Na matsatsi a ka ha a ’maloa?+ A ke a tlohe,
A ke a tlohele ho ntalima, e le hore nka hlasimoloha+ hanyenyane
21 Pele ke tloha—’me nke ke ka khutla+—
Ho ea naheng ea botšo le moriti o lefifi,+
22 Ho ea naheng ea ho fifala ho joaloka botšo, ea moriti o lefifi
Le ho hloka taolo, moo ho sa khanyeng joalokaha botšo bo sa khanye.”
11 Tsofare Monaama+ a araba a re:
2 “Na mantsoe a mangata a ke ke a arajoa,
Kapa moithorisi e tla ba ea nepileng?
3 Na puo ea hao ea lefeela e tla khutsisa batho,
Na u tla ’ne u ba fetole litšeho ho se mang kapa mang ea u khalemelang ka matla?+
6 Joale o ne a tla u bolella liphiri tsa bohlale,
Etsoe lintho tsa bohlale bo sebetsang li ngata.
Hape, u ne u tla tseba hore Molimo o lumella hore u leballoe tse ling tsa liphoso tsa hao.+
9 Bo bolelele ho feta lefatše ka tekanyo,
Bo pharaletse ho feta leoatle.
10 Haeba a fetela pele ’me a nehelana ka motho
A bitsa lekhotla, joale ke mang ea ka mo hanyetsang?
11 Etsoe o tseba batho ba se nang ’nete.+
Ha a bona se kotsi, na a ke ke a boela a iponahatsa e le ea elang hloko?
12 Esita le motho ea se nang kelello o tla fumana tšusumetso e ntle
Hang ha qoaha e kang esele e ka tsoaloa e le motho.
13 Ka sebele haeba u ka lokisa pelo ea hao
Ua otlollela matsoho a hao ho eena,+
14 Haeba se kotsi se le ka letsohong la hao, se suthisetse hōle,
Ho se loke ho se ke ha lula ka litenteng tsa hao.
15 Etsoe joale u tla phahamisa sefahleho sa hao u se na sekoli+
Ka sebele u tla tiea, ’me u ke ke ua tšaba.
16 Etsoe uena—u tla lebala khathatso;
U tla e hopola joaloka metsi a fetetseng pele.
18 U tla tlameha ho tšepa kahobane ho na le tšepo;
Ka sebele u tla qamaka ka hloko—u tla robala+ u sireletsehile.
19 Ruri u tla ikotlolla, ho se ea etsang hore u thothomele.
Ka sebele batho ba bangata ba tla etsa hore u be le boikutlo bo bonolo;+
20 Mahlo a ba khopo a tla felloa ke matla;+
Sebaka seo ho baleheloang ho sona se tla timela,+
Tšepo ea bona e tla ba ho shoa ha moea.”+
3 Le ’na ke na le pelo+ joaloka lōna.
Ha ke tlaasana ho lōna,+
Ke mang eo ho se nang lintho tse joaloka tsee ho eena?
4 Ke fetoha motho eo e leng litšeho ho oa habo,+
Ea hoeletsang ho Molimo e le hore a ka mo araba.+
Ea lokileng, ea ke keng a tšoauoa phoso, oa tšehuoa.
6 Litente tsa batlatlapi ha lia tšoenngoa,+
Ba halefisang Molimo ba na le tšireletseho
Ea ea tlisitseng molimo ka letsohong la hae.+
7 Leha ho le joalo, ka kōpo, botsa liphoofolo tse ruuoang, ’me li tla u rupela;+
Le libōpuoa tse nang le mapheo tsa maholimo, ’me li tla u bolella.+
8 Kapa u bontše lefatše ho tšoenyeha ha hao, ’me le tla u rupela;+
Litlhapi tsa leoatle+ li tla u bolella.
9 Ke efe har’a tsee tsohle e sa tsebeng hantle
Hore letsoho la Jehova le entse see,+
10 Eo moea+ oa e mong le e mong ea phelang o leng letsohong la hae
Le moea oa nama eohle ea motho?+
14 Bona! Oa qhaqha, e le hore ho se ke ha hahuoa;+
O etsa hore motho a koalloe, e le hore ho se ke ha buloa.+
16 Ho eena ho na le matla le bohlale+ bo sebetsang;
Ea etsang phoso le ea khelosang+ ke oa hae;
17 O etsa hore baeletsi ba tsamaee ba sa roala letho maotong,+
O etsa hore baahloli ba hlanye.
19 O etsa hore baprista ba tsamaee ba sa roala letho maotong,+
Ba lutseng ka ho sa feleng oa ba liha;+
20 O tlosa puo ho ba tšepahalang,
O nka ho ba le kelello ha banna-baholo;
21 O tšollela nyeliso holim ’a bahlomphehi,+
O fokolisa linyepa tsa ba matla;
22 O senola lintho tse tebileng lefifing,+
O tlisa moriti o lefifi leseling;
23 O hōlisa lichaba, e le hore a ka li timetsa;+
O hasanya lichaba, e le hore a ka li tlosa;
24 O tlosa lipelo tsa ba ka sehloohong ba batho ba naha,
E le hore a ka ba lelerisa sebakeng se feela,+ moo ho se nang tsela.
25 Ba phopholetsa lefifing,+ moo ho se nang leseli,
E le hore a ka ba lelerisa joaloka motho ea tahiloeng.+
13 “Bonang! Leihlo la ka le bone sena sohle,
Tsebe ea ka e se utloile ’me ea se nahana.
3 Leha ho le joalo, ke ne ke tla bua le Ea Matla ’Ohle,+
Ke ne ke tla khahloa ke ho phehisana le Molimo.
9 Na ho ne ho tla ba hotle hore a le botse?+
Kapa na le tla mo etsetsa mano joalokaha motho a etsetsa motho ea shoang mano?
10 Ka sebele o tla le khalemela+
Haeba le leka ho bontša leeme+ ka sephiring;
11 Na ho hlompheha ha hae ho ke ke ha etsa hore le qale ho tšoha,
Le mo tšabe?+
12 Lipolelo tsa lōna tse hopolehang ke maele a molora;
Mepopotlo ea lithebe tsa lōna e joaloka mepopotlo ea lithebe tsa letsopa.+
13 Khutsang ka pel’a ka, e le hore nka bua.
Joale nke ke etsahalloe ke eng kapa eng!
15 Esita leha a ka mpolaea, na ke ne nke ke ka leta?+
Ke ne ke tla pheha khang feela ka pel’a sefahleho sa hae bakeng sa litsela tsa ka.
20 U se ke ua nketsa lintho tse peli feela;
Tabeng eo nke ke ka ipata ka lebaka la hao feela;+
21 Suthisetsa letsoho la hao hōle le ’na,
Ho u tšaba—e se eka ho ke ke ha ntšosa.+
22 Hooa e le hore nka araba;
Kapa ke bue, ’me u nkarabe.
23 Ke ka tsela efe ke nang le liphoso le libe?
Ntsebise bofetoheli ba ka le sebe sa ka.
25 Na u tla etsa hore lekhasi le fefoloang ke moea le tsukutlehe,
Kapa u ’ne u lelekise litlhaka tse omeletseng?
26 Etsoe u ntse u ’ngolla lintho tse bohloko+
U etsa hore ke fumane liphello tsa liphoso tsa bocha+ ba ka.
27 U boetse u boloka maoto a ka a kentsoe metšoasong,+
U lebela litsela tsohle tsa ka;
U tšoaea mola oa hao bakeng sa bohato ba maoto a ka.
2 O hlahile joaloka thunthung ’me oa khaoloa,+
O baleha joaloka moriti+ ’me ha a tsoele pele a le teng.
5 Haeba matsatsi a hae a etselitsoe qeto,+
Palo ea likhoeli tsa hae e ho uena;
U mo etselitse molao-taelo oo a ke keng a o tlōla.
6 Khaotsa ho mo talimisisa e le hore a ka phomola,+
Ho fihlela a thaba joalokaha mosebetsi ea hiriloeng a thaba letsatsing la hae.
7 Etsoe le sefate se na le tšepo.
Haeba se rengoa, se tla hlōmela hape,+
Lekala la sona le ke ke la e-ba sieo.
8 Haeba motso oa sona o tsofala mobung
Kutu ea sona e shoela lerōleng,
9 Se tla hlōmela ka lebaka la monko oa metsi+
Ka sebele se tla hlahisa lekala joaloka semela se secha.+
10 Empa monna ea shahlileng oa shoa ’me o rapalla e le ea hlōtsoeng;
Motho oa lefatše oa shoa, ’me o hokae?+
12 Motho o boetse o lokela ho robala ’me ha a tsohe.+
Ba ke ke ba tsoha ho fihlela leholimo le le sieo,+
Kapa ba tsosoe borokong+ ba bona.
Ua mpoloka sephiring ho fihlela bohale ba hao bo tloha,
14 Haeba monna ea shahlileng a shoa na a ka phela hape?+
Ke tla leta+ ka matsatsi ’ohle a mosebetsi oa ka o qobelloang,
Ho fihlela phomolo ea ka e fihla.+
18 Leha ho le joalo, ha thaba e oa, e tla nyamela,
Le lefika le tla tlosoa sebakeng sa lona.
19 Ka sebele metsi a fata majoe;
Ho tšoloha ha ’ona ho hohola lerōle la lefatše.
Ka ho tšoanang u timelitse tšepo ea motho ea shoang.
20 U mo hlōla ka matla ka ho sa feleng hoo a tsamaeang;+
U mo senya sefahleho e le hore u mo tsamaise.
21 Bara ba hae baa hlomphuoa, empa ha a tsebe;+
Ba fetoha bao e seng ba bohlokoa, empa ha a nahane ka bona.
22 Ke nama ea hae feela e tla ’ne e ope ha e ntse e le ho eena,
Moea oa hae o tla ’ne o siame ha o ntse o le ka hare ho eena.”
15 Elifaze Motemane a araba a re:
2 “Na motho ea bohlale a ka araba ka tsebo ea lefeela,+
Kapa o tla tlatsa mpa ea hae ka moea oa bochabela?+
3 Ho khalemela feela ka lentsoe e tla ba ho se nang thuso,
Lipolelo e tla ba tse se nang molemo.
4 Leha ho le joalo, u etsa hore ho tšaba Molimo ho se ke ha e-ba le matla,
U nyenyefatsa ho nahanisisa leha e le hofe ka Molimo.
5 Etsoe phoso ea hao e koetlisa molomo oa hao,
U khetha leleme la batho ba masene.
7 Na ke uena motho oa pele ea tsoetsoeng,+
Kapa u ile ua belehoa ka bohloko ba pelehi pele ho maralla?+
11 Na matšeliso a Molimo ha aa lekana ho uena,
Kapa lentsoe le builoeng ka bonolo ho uena?
12 Ke hobane’ng ha u nkoa ke pelo,
Ke hobane’ng ha mahlo a hao a benya?
13 Etsoe u fetola moea oa hao khahlanong le Molimo,
U ntšitse mantsoe molomong oa hao.
14 Motho ea shoang ke eng hore e ka ba ea hloekileng,+
Kapa hore mang kapa mang ea tsoetsoeng ke mosali e be ea nepileng?
16 Ho joalo hakaakang ha motho e le ea manyala le ea bolileng,+
Motho ea noang ho se loke feela joaloka metsi!
17 Ke tla u bolella. ’Mamele!+
Esita le sena ke se bone, kahoo e-re ke se phete,
18 Seo ba bohlale+ ba se bolelang
Le seo ba sa kang ba se pata, kaha se tsoa ho bo-ntat’a bona.
19 Naha e ile ea fuoa bona feela,
Ha ho osele ea ileng a feta har’a bona.
20 Ea khopo o hlokofatsoa ka matsatsi ’ohle a hae,
Esita le palo ea lilemo tse boloketsoeng mohatelli.
21 Molumo oa lintho tse tšabehang o litsebeng tsa hae;
Motlatlapi o mo oela holimo nakong ea khotso.+
23 O hlahlathela a ntse a batla bohobe—bo hokae?+
O tseba hantle hore letsatsi la lefifi+ le itokisitse letsohong la hae.
24 Mahlomola le bohloko bo boholo li ntse li mo tšosa;+
Li mo hlōla ka matla joaloka morena ea itokiselitseng tlhaselo.
25 Kahobane o otlolla letsoho la hae khahlanong le Molimo,
O leka ho iponahatsa a phahametse+ Ea Matla ’Ohle;
26 Kahobane o matha khahlanong le eena ka molala o sataletseng,
Ka mepopotlo e meholo ea lithebe tsa hae;
27 Kahobane o koahela sefahleho sa hae ka monono oa hae
O beha mafura lethekeng+ la hae,
28 O lula feela metseng e tla felisoa;
Matlong ao batho ba ke keng ba tsoela pele ba lula ka ho ’ona,
Ao ka sebele a reretsoeng ho ba qubu ea majoe.
29 A ke ke a rua ’me leruo la hae le ke ke la eketseha,
Kapa hona hore a hasanye seo ba se fumaneng lefatšeng.+
30 A ke ke a furalla lefifi;
Lelakabe le tla omeletsa lekala la hae,
O tla khelosoa ke pululo ea molomo+ oa Hae.
31 A se ke a beha tumelo ho se se nang thuso, a khelosoa,
Etsoe o tla fumana se se nang thuso e le phapanyetsano;
32 Ho tla phethahala pele ho letsatsi la hae.
Ka sebele letlōbō la hae le ke ke la hōla haholo.+
33 O tla hlohlora morara oa hae o sa butsoang feela joaloka sefate sa morara,
A lahle lithunthung tsa hae feela joaloka sefate sa mohloaare.
16 Jobo a araba a re:
2 “Ke utloile lintho tse ngata tse joaloka tsena.
Kaofela ha lōna le batšelisi ba likhathatso!+
4 Le ’na ke ne nka bua joaloka lōna.
Hoja meea ea lōna e ne e le moo moea oa ka o leng teng,
Na ke ne ke tla ba bohlale ka mantsoe khahlanong le lōna,+
Na ke ne ke tla le sisinyetsa hlooho?+
5 Ke ne ke tla le matlafatsa ka mantsoe a molomo+ oa ka,
Matšeliso a molomo oa ka a ne a tla fokotsa—.
6 Haeba ke bua, bohloko ba ka ha bo fokotsehe,+
Haeba ke khaotsa ho etsa joalo, ke eng se tlohang ho ’na?
8 Le boetse lea ntšoara. Ho fetohile bopaki,+
Hoo ho ota ha ka ho ntsohelang matla. Ho paka ka pel’a sefahleho sa ka.
9 Bohale ba hae bo nthusolotse, ’me o nkoetlela lehloeo.+
Ha e le hantle o ntsikitlanyetsa meno.+
Mohanyetsi oa ka o leotsa mahlo a hae khahlanong le ’na.+
10 Ba nkahlamiselitse melomo,+
Ba ntjabetse marameng ka nyeliso,
Ba ikhobokanya ka bongata khahlanong le ’na.+
12 Ke ne ke lutse ka boiketlo, empa a ntšisinya;+
A ntšoara ka sekotlo ’me a nthobokella,
O nkemisa ke le seo a se korotseng.
13 Batho ba hae ba fulang metsu+ baa mpota-pota;
O petsola liphio+ tsa ka ’me ha a be le qenehelo;
O qhalla mokotlana oa ka oa nyooko fatše.
16 Sefahleho sa ka se fubetse ke ho lla,+
Ho na le moriti o lefifi+ lintšing tsa ka,
17 Le hoja ho se na pefo liatleng tsa ka,
Thapelo ea ka e hloekile.+
20 Metsoalle ea ka ke babuelli ba buang khahlanong le ’na;+
Leihlo la ka le talimile ho Molimo le sa robale.+
21 Ho lokela hore ho etsoe qeto pakeng tsa monna ea shahlileng le Molimo,
Ho tšoana le pakeng tsa mora oa motho le oa habo.+
5 A ka ’na a bolella metsoalle hore e nke likarolo tsa eona,
Empa mahlo a bara ba hae a tla felloa ke matla.+
6 O mpehile ke le polelo ea maele+ ea lichaba,
Hoo ke fetohang motho eo sefahleho sa hae se tšoeloang ka mathe.+
8 Batho ba lokileng ba sheba sena ka ho makala,
Le ea hlokang molato o halefela mokoenehi.
10 Leha ho le joalo, kaofela ha lōna le ka qala hape. Kahoo, ka kōpo, etsang joalo,
Kaha ha ke fumane mang kapa mang ea bohlale har’a lōna.+
14 Ke tla hoeletsa sekoti ke re,+ ‘U Ntate!’
Ke hoeletse tšenyane ke re,+ ‘U ’Mè le khaitseli ea ka!’
18 Bildade Moshuha a araba a re:
2 “Le tla qeta ho bua ka mor’a nako e telele hakae?
Le lokela ho utloisisa, e le hore ka mor’a moo re ka bua.
4 O rusolla moea oa hae likoto bohaleng ba hae.
Na lefatše le tla tloheloa ka lebaka la lōna,
Kapa lefika le tlohe sebakeng sa lona?
10 O patetsoe thapo mobung,
O patetsoe sefi tseleng ea hae.
11 Ho pota-pota ka hohle, ka sebele matšabeho a tšohanyetso a etsa hore a qale ho tšoha,+
A mo lelekisa maotong a hae.
13 E tla ja likotoana tsa letlalo la hae;
Letsibolo la lefu le tla mo ja matsoho le maoto.
15 Ka tenteng ea hae ho tla lula ntho eo e seng ea hae;
Sebabole+ se tla hasanngoa sebakeng sa hae sa bolulo.
18 Ba tla mo sutumeletsa lefifing a tsoa leseling,
Ba tla mo leleka naheng e behang.
19 A ke ke a ba le litloholo le bana har’a batho ba habo,+
Ho ke ke ha e-ba le mophonyohi sebakeng seo a lulang ho sona ka bojaki.
20 Batho ba Bophirimela ba tla sheba letsatsi la hae ka ho makala,
Ka sebele batho ba Bochabela ba tla tšoaroa ke ho tlakasela.
21 Tsena feela ke litabernakele tsa mofosi,
Sena ke sebaka sa ea sa kang a tseba Molimo.”
19 Jobo a araba a re:
2 “Le tla ’ne le halefise moea oa ka halelele hakae+
Le ho ’na le ntšithabetsa ka mantsoe?+
3 Le nkhalemetse ka matla ka makhetlo ana a leshome;
Ha le hlajoe ke lihlong hore ebe le nkhahlapetsa hakana.+
5 Haeba kannete le ikhohomosetsa ’na,+
Le bontša nyeliso ea ka e le e loketseng khahlanong le ’na,+
6 Joale, tsebang hore Molimo o nkhelositse,
O nkoahetse ka letlooa la hae la ho tsoma.+
7 Bonang! Ke ntse ke hoeletsa ke re, ‘Pefo!’ empa ha ke fumane karabo;+
Ke ntse ke hoeletsa ho kōpa thuso, empa ha ho na toka.+
10 O nkheletsa ka mahlakoreng ’ohle, ’me kea tsamaea;
O fothola tšepo ea ka feela joaloka sefate.
12 Lihlopha tsa hae tsa masole li tla li kopane ’me li haha tsela ea tsona khahlanong le ’na,+
Li hloma liahelo ho pota-pota tente ea ka.
14 Batho bao ke ba tloaetseng haholo ha ba eo,+
Bao ke ba tsebang ba ntebetse,
15 Ba lulang ka tlung ea ka e le bajaki;+ ’me makhabunyane a ka a nkuka ke le osele;
Ke fetohile molata oa sebele mahlong a ’ona.
16 Ke bitsitse mohlanka oa ka, empa ha a arabe.
Ka molomo oa ka ke ntse ke mo kōpa qenehelo.
17 Moea oa ka o fetohile o nyonyehang ho mosali oa ka,+
Ke fetohile ea nkhang hampe ho bara ba mpa ea ’Mè.
19 Banna bohle ba sehlopha sa metsoalle ea ka e haufi-ufi ba ntlhoile,+
Bao ke neng ke ba rata ba mphetohetse.+
23 Joale hoja mantsoe a ka a ne a ngotsoe fatše!
Hoja a ne a ngotsoe bukeng!
26 Ka mor’a letlalo la ka, leo ba le mumutseng,—sena!
Le hoja ke fokola nameng ke tla bona Molimo,
Le eo ka sebele mahlo a ka a tla mo bona, empa eseng osele.
Liphio tsa ka li feletsoe ke matla ka hare ho ’na.
29 Tšohang ka lebaka la sabole,+
Etsoe sabole e bolela khalefo khahlanong le liphoso,
E le hore le ka tseba hore ho na le moahloli.”+
20 Tsofare Monaama a araba a re:
2 “Ka hona menahano ea ka e hlokisang botsitso e ke e nkarabe,
Ka lebaka la ho feha ha ka matšoafo ka hare.
3 Ke utloa keletso e nthohakang;
Moea o se nang kutloisiso eo ke nang le eona oa nkaraba.
4 Na u tsebile ntho ee ka linako tsohle,
Ho tloha ha motho a behoa holim ’a lefatše,+
5 Hore mohoo oa thabo oa batho ba khopo o mokhutšoanyane+
Thabo ea mokoenehi ke ea motsotsoana?
6 Le hoja bokhabane ba hae bo hlomphehang bo nyolohela leholimong+
Hlooho ea hae e fihla marung,
7 O timela ka ho sa feleng joaloka moiteli oa hae;+
Ba mo bonang ba tla re, ‘O hokae?’+
10 Bara ba hae ba tla batla kamohelo ea batho ba tlaase,
Matsoho a hae a tla khutlisa lintho tsa hae tsa bohlokoa.+
12 Haeba se sebe se latsoeha hamonate molomong oa hae,
Haeba a etsa hore se nyamele ka tlas’a leleme la hae,
13 Haeba a se bontša qenehelo ’me a sa se tlohele,
Haeba a ntse a se bolokile mahalapeng a hae,
14 Ka sebele lijo tsa hae li tla fetoha ka maleng a hae;
E tla ba nyooko ea bo-masumu ka hare ho eena.
15 O metsitse leruo, empa o tla le hlatsa;
Molimo o tla le leleka ka mpeng ea hae.
18 O tla khutlisa thepa eo a iphumanetseng eona ’me a ke ke a e metsa;
Joaloka leruo le tsoang khoebong ea hae, empa leo a ke keng a le thabela.+
20 Etsoe ka sebele a ke ke a tseba boiketlo ka mpeng ea hae;
Ka lintho tsa hae tse lakatsehang a ke ke a phonyoha.+
21 Ha ho letho le setseng hore a le harole;
Ke ka lebaka leo boiketlo ba hae bo ke keng ba tsoela pele.
22 Ha bongata ba lintho tsa hae bo ntse bo le tlhōrōng o tla ikutloa a tšoenyehile;+
Matla ’ohle a tsietsi a tla tla khahlanong le eena.
23 Ho ke ho etsahale hore, e le ho khorisa mpa ea hae,
A mo romele bohale ba hae bo tukang+
A mo nesetse bona, ka maleng.
25 Lerumo le tla phunyeletsa mokokotlong oa hae,
Sebetsa se phatsimang se phunyeletse nyookong+ ea hae;
Lintho tse tšosang li tla ea khahlanong le eena.+
26 Lefifi lohle le tla bolokeloa lintho tsa hae tseo e leng letlotlo;
Mollo oo ho seng motho ea o butsoetseng o tla mo qeta;+
Lintho li tla tsamaela mophonyohi hampe ka tenteng ea hae.
28 Sekhohola se tla hohola ntlo ea hae;
Ho tla ba le lintho tse tšolloang letsatsing la bohale+ ba hae.
29 Ena ke kabelo ea motho ea khopo e tsoang ho Molimo,+
Esita le lefa la hae le boletsoeng le tsoang ho Molimo.”
4 Ha e le ’na, na ho tšoenyeha ha ka ho bontšoa ho motho?
Kapa ke hobane’ng ha moea oa ka o sa fele pelo?
6 Haeba ke hopotse, ke boetse ke khathatsehile,
Nama ea ka e tšoeroe ke ho tlakasela.
8 Bana ba bona ba tiisitsoe ho bona ka thata mahlong a bona,
Le litloholo tsa bona ka pel’a mahlo a bona.
11 Ba ntse ba romela bashanyana ba bona feela joaloka mohlape,
Bana ba bona ba batona ba ntse ba tlōla-tlōla.
12 Ba tsoela pele ho phahamisa mantsoe ka moropa o monyenyane le harepa,+
Ba ntse ba thaba ka lebaka la molumo oa phala.
15 Ea Matla ’Ohle ke eng, hore re mo sebeletse,+
Re rua molemo oa eng ka hore ebe re kopane le eena?’+
17 Lebone la ba khopo le tima+ ka makhetlo a makae,
Tlokotsi ea bona e ba oela holimo ka makhetlo a makae?
O aba timetso+ ka makhetlo a makae bohaleng ba hae?
21 Etsoe thabo ea hae e tla ba eng ntlong ea hae ka mor’a hae,
Ha ka sebele palo ea likhoeli tsa hae e tla khaoloa ka lehare?+
23 Enoa o tla shoa nakong ea ho itjara ha hae ka botlalo,+
Ha a se na matšoenyeho ka ho feletseng ’me a lutse ka boiketlo;
24 Ha lirope tsa hae li tletse mafura
Moko oa masapo a hae o ntse o bolokoa o le mongobo.
29 Na ha lea botsa ba tsamaeang tseleng?
Na ha le hlahlobisise lipontšo tsa bona ka hloko,
30 Hore letsatsing la koluoa e mobe oa qeneheloa,+
Letsatsing la khalefo oa lopolloa?
31 Ke mang ea tla mo bolella tsela ea hae ka pel’a mahlo a hae?+
Ke mang ea tla mo putsa bakeng sa seo a se entseng?+
33 Ka sebele makote a phula ea molapo o phoroselang a tla ba monate,+
O tla hula moloko oohle oa batho ka mor’a hae,+
Ba ka pel’a hae ba ne ba se na palo.
34 Kahoo le leka ho ntšelisa ka tsela e se nang thuso hakaakang,+
Likarabo tsa lōna li sala e le ho se tšepahale!”
22 Elifaze Motemane a araba a re:
2 “Na monna ea shahlileng a ka ba le thuso ho Molimo,+
E le hore leha e le ofe ea nang le temohisiso a ka ba le thuso ho eena?
3 Na Ea Matla ’Ohle o thabisoa ke letho ka hore ebe u lokile,+
Kapa o rua letho ka hore ebe u etsa hore tsela ea hao e be e sa tšoauoeng phoso?+
9 U itse bahlolohali ba tsamaee ba sa nka letho,
Matsoho a bashanyana ba se nang bo-ntate a robakantsoe.+
10 Ke ka lebaka leo lifi tsa linonyana li u pota-potileng ka hohle,+
’Me matšabeho a tšohanyetso a u tšoenyang;
11 Kapa lefifi, hoo u sa boneng,
Moroallo o nyolohang oa metsi oa u koahela.
12 Na Molimo hase bophahamo ba leholimo?+
Hape bona kakaretso e feletseng ea linaleli,+ hore li phahame.
13 Leha ho le joalo u itse: ‘Ha e le hantle Molimo o tseba’ng?
Na a ka ahlola botšong bo boholo?
14 Maru ke sebaka seo a ipatang ho sona hoo a sa boneng,
O tsamaea selika-likoeng sa leholimo.’
15 Na u tla ’ne u tsoele pele tseleng ea khale
Eo batho ba kotsi ba e hatileng,
16 Batho ba hloibitsoeng pele ho nako ea bona,+
Bao motheo+ oa bona o hoholoang joaloka nōka,
17 Ba reng ho Molimo oa ’nete: ‘Tloha ho rōna!+
Ea Matla ’Ohle a ka finyella eng khahlanong le rōna?’
18 Empa leha ho le joalo o tlatsitse matlo a bona ka lintho tse molemo;+
Merero ea ba khopo e hōle le ’na.+
19 Ba lokileng ba tla bona ’me ba thabe,+
Ea hlokang molato o tla ba fetola litšeho:
20 ‘Kannete bahanyetsi ba rōna ba felisitsoe;
Se setseng ho bona ka sebele mollo o tla se qeta.’
21 Ka kōpo, itloaetse eena, ’me u boloke khotso;
Ka tsela eo u tla tleloa ke lintho tse molemo.
23 Haeba u khutlela ho Ea Matla ’Ohle,+ u tla hahoa;
Haeba u ka suthisetsa ho se loke hōle le tente ea hao,
24 Haeba ho behoa serafshoa sa bohlokoa lerōleng
Le khauta ea Ofire+ lefikeng la liphula tsa melapo e phoroselang,
25 Ka sebele le Ea Matla ’Ohle o tla fetoha lirafshoa tsa hao tsa bohlokoa,
A fetohe silevera, e ntle ka ho fetisisa, ho uena.+
26 Etsoe joale u tla fumana thabo e phethehileng+ ho Ea Matla ’Ohle,
U tla phahamisetsa sefahleho sa hao ho Molimo.+
28 U tla etsa qeto ka ho hong, ’me e tla ema e tiile ho uena;
Ka sebele leseli le tla khantša litsela tsa hao.+
29 Etsoe ho tla ba le ho kokobetsoa ha u bua ka boikakaso;+
Empa o tla pholosa ea nang le mahlo a soabileng.+
30 O tla pholosa motho ea hlokang molato,+
Ka sebele u tla pholosoa ka lebaka la ho hloeka ha matsoho a hao.”+
23 Jobo a araba a re:
2 “Esita le kajeno ho tšoenyeha+ ha ka ke borabele;
Letsoho la ka le boima ka lebaka la ho feheloa ha ka.
4 Ke ne ke tla hlahisa nyeoe ea toka ka pel’a hae,
Ke ne ke tla tlatsa molomo oa ka ka likhanyetso;
5 Ke ne ke tla tseba mantsoe ao a nkarabang ka ’ona,
Ke ne ke tla nahana ka seo a mpolellang sona.+
7 Ka sebele ea lokileng o tla lokisa litaba le eena moo,
Ke ne ke tla tsamaea ke sireletsehile ka ho sa feleng ho tloha ho moahloli oa ka.
8 Bonang! Ke ea bochabela, ’me ha a eo;
Ke boetse kea khutla, ’me ha ke mo lemohe;+
9 Ke ea ka ho le letšehali moo a sebetsang teng, empa ha ke mo bone;
O khelohela ka ho le letona, empa ha ke mo bone.
10 Etsoe o tseba hantle tsela eo ke e nkang.+
Ka mor’a hore a nteke, ke tla tsoa ke le joaloka khauta.+
12 Ha ke tlohe taelong ea molomo oa hae.+
Ke bolokile lipolelo tsa molomo+ oa hae ho feta seo ke se laetsoeng.
13 O na le khopolo e le ’ngoe, ’me ke mang ea ka mo hanyetsang?+
Moea oa hae o na le takatso, ’me o tla e phetha.+
14 Etsoe o tla phetha ka ho feletseng seo ke se laetsoeng,+
Lintho tse joaloka tsena li ngata ho eena.
15 Ke ka lebaka leo ke ikutloang ke khathatsehile ka lebaka la hae;
Ke iponahatsa ke ela hloko ’me ke mo tšohile.+
17 Etsoe ha kea khutsisoa ka lebaka la lefifi,
Leha e le hore ke kahobane botšo bo koahetse sefahleho sa ka.
3 Ba leleka esele e tona ea bashanyana ba se nang bo-ntate;
Ba nka poho ea mohlolohali e le tebeletso.+
5 Bonang! Joaloka liqoaha+ lefeelleng
Ba ile mosebetsing oa bona, ba batla lijo.
Thota ea lehoatata e fa e mong le e mong bohobe bakeng sa bashanyana.
6 Ba kotula furu ea eona tšimong,
Ba tlatlapa ka potlako serapa sa morara sa ea khopo.
8 Ba kolobisoa ke pula ea lithaba e nang ka sefefo,
Ba lokela ho tseparela lefika kahobane ho se na tšireletso.+
9 Ba hloibila moshanyana ea se nang ntate letsoeleng,+
Se leng ho ea hlorileng ba se nka e le tebeletso.+
10 Ba lokela ho tsamaea ba se na liaparo, ba hlobotse,
Ba lokela ho jara liqoapi tse kotutsoeng, ba lapile.+
11 Ba hlola motšehare pakeng tsa marako a entseng mathule;
Ba lokela ho hatakela lihatelo tsa veine, leha ho le joalo ba nyoriloe.+
12 Ba shoang ba ntse ba bobola motseng,
Meea ea ba ntšitsoeng maqeba a bolaeang e hoeletsa ho kōpa thuso;+
Molimo ha a e nke e le ntho leha e le efe e sa tšoanelang.+
13 Ha e le bona, ba ne ba le har’a ba fetohelang leseli;+
Ha baa ka ba hlokomela litsela tsa lona,
Ha baa ka ba lula litseleng tsa lona.
14 ’Molai o tsoha ka meso,
O bolaea ea hlorileng le ea futsanehileng;+
Bosiu o fetoha lesholu le tloaelehileng.+
15 Ha e le leihlo la mofebi,+ le lebeletse lefifi la shoalane,+
Le re, ‘Ha ho leihlo le tla mpona!’+
O ikoahela sefahleho ka lesira.
17 Etsoe hoseng ho tšoana le moriti o lefifi+ ho bona,
Etsoe ba hlokomela seo matšabeho a tšohanyetso a moriti o lefifi a leng sona.
18 O lebelo holim ’a metsi.
Tšimo ea bona e tla rohakoa lefatšeng.+
A ke ke a retelehela tseleng ea lirapa tsa morara.
20 Pōpelo e tla mo lebala, tšenyane e tla mo momona hamonate,+
Ha a sa tla hlola a hopoloa.+
Ho se loke ho tla robeha joaloka sefate.+
22 Ka sebele o tla hula batho ba matla ka matla a hae;
O tla phahama ’me a se ke a tiiseha ka bophelo ba hae.
23 O tla mo lumella hore a kholisehe+ e le hore a ka itšehetsa;
Mahlo a hae a tla ba holim ’a litsela tsa bona.+
24 Ba phahame ka nakoana, ’me ha ba sa le eo,+
Ba theoletsoe tlaase;+ ba khuoa joaloka e mong le e mong,
Ba khaoloa joaloka hlooho ea qoapi ea lijo-thollo.
25 Kahoo joale ha e le hantle, ke mang ea nketsang ea leshano
Kapa ea tla etsa hore lentsoe la ka e be lefeela?”
25 Bildade+ Moshuha a araba a re:
2 “Bobusi le ho tšabeha li ho eena;+
O etsa khotso libakeng tsa hae tse phahameng.
3 Na lihlopha tsa hae tsa masole li na le palo?
Ke bo-mang bao leseli la hae le sa ba khantšetseng?
4 Kahoo motho ea shoang e ka ba ea nepileng joang ka pel’a Molimo,+
Kapa motho ea tsoetsoeng ke mosali e ka ba ea hloekileng joang?+
5 Bona! Ho na le khoeli, ’me ha e khanye;
Linaleli ha lia hloeka mahlong a hae.
26 Jobo a araba a re:
2 “Le bile thuso e kaakang ho ea se nang matla!
Le pholositse letsoho le se nang matla hakaakang!+
4 Ke mang eo le mo boleletseng mantsoe,
Ke phefumoloho ea mang e tsoileng ho lōna?
7 O otlolla leboea holim ’a sebaka se feela,+
O leketlisa lefatše holim ’a lefeela;
8 O phuthela metsi ka maru+ a hae,
E le hore leru le se ke la petsoha ka tlas’a ’ona;
9 O koahela karolo e ka pele ea terone,
O ala leru+ la hae holim ’a eona.
11 Litšiea tsa leholimo lia sisinyeha,
Li maketse ka lebaka la khalemelo ea hae e matla.
14 Bonang! Tsena ke linyane feela tsa litsela tsa hae,+
Ke mohoeshetso o mokaakang o utloiloeng ka eena!
Empa ke mang ea ka bontšang kutloisiso ka sealuma sa hae se matla?”+
27 Jobo a boela a bua puo ea hae ea maele+ ’me a tsoela pele ho re:
2 “Ka Molimo ea phelang,+ ea tlositseng kahlolo+ ea ka,
Le ka Ea Matla ’Ohle ea phelang, ea utloisitseng moea oa ka bohloko,+
3 Ha phefumoloho ea ka e sa ntse e feletse ka hare ho ’na,
Moea oa Molimo o le linkong tsa ka,+
4 Molomo oa ka o ke ke oa bua ho se loke
Leleme la ka le ke ke la honotha thetso!
5 Ke ho sa utloahaleng hore ke bolele hore le lokile!+
Nke ke ka tlosa botšepehi+ ba ka ho ’na ho fihlela ke shoa!
6 Ke tšoere toka ea ka, ’me nke ke ka e tlohela;+
Pelo ea ka e ke ke ea ’nyelisa ka matsatsi leha e le afe a ka.+
7 Sera sa ka se ke se fetohe motho ea khopo+ ka litsela tsohle,
Ka sebele ea mphetohelang a fetohe mofosi.
10 Kapa o tla fumana thabo e phethehileng ho Ea Matla ’Ohle?
Na o tla hooa ho Molimo ka linako tsohle?
12 Bonang! Le bone lipono kaofela ha lōna;
Kahoo ke hobane’ng ha le iponahatsa le se na thuso ka ho feletseng?+
13 Ena ke kabelo ea motho ea khopo e tsoang ho Molimo;+
Ba tla fumana lefa la bahatelli ho Ea Matla ’Ohle.
14 Haeba bara ba hae ba ngatafala, ke bakeng sa sabole;+
Litloholo tsa hae li ke ke tsa e-ba le lijo tse lekaneng.
15 Baphonyohi ba hae ba tla patoa nakong ea lefu la seoa le bolaeang,
Bahlolohali ba bona ba ke ke ba lla.+
16 Haeba a ka bokella silevera joaloka lerōle,
A lokisa liaparo feela joalokaha eka ke letsopa,
17 O ne a tla lokisa, empa ea lokileng ke eena ea neng a tla apara,+
Ea hlokang molato ke eena ea neng a tla ba le karolo silevereng.
19 O tla robala a ruile, empa ha ho letho le tla bokelloa;
O tutubolotse mahlo a hae, empa ho ke ke ha e-ba le letho.+
20 Matšabeho a tšohanyetso a tla mo fihlela+ joaloka metsi;
Ka sebele moea oa sefefo o tla mo utsoa bosiu.
22 O tla itahlela ho eena ’me o se ke oa e-ba le qenehelo;+
Ruri o tla leka ho baleha matleng a oona.+
28 “Ka sebele, ho na le sebaka seo silevera e fumanoang ho sona
Le sebaka sa khauta eo ba e hloekisang;+
Koporo e ntse e tšolloa lejoeng.
3 O behile bofelo ba lefifi;
Ho isa pheletsong e ’ngoe le e ’ngoe o batlisisa+
Lejoe botšong le moriting o lefifi.
4 O chekile sekoti hōle le moo batho ba lulang e le bajaki,+
Libakeng tse lebetsoeng tse hōle le leoto;
Ba bang ba batho ba shoang ba theohile, ba leketlile.
5 Ha e le lefatše, lijo li tsoa ho lona;+
Empa ka tlas’a lona, le phethotsoe joalokaha eka ke ka mollo.
7 Tsela—ha ho nonyana e jang nama+ e e tsebileng,
Leha e le hore leihlo la ’mankholi e motšo+ le e bone.
8 Libata tse khōlō ha lia e hatakela hore e tiee;
Taoana ha ea tsamaea ho eona.
9 O otlolletse letsoho la hae holim ’a lejoe le thata;
O lihile lithaba ho tloha metsong ea tsona;
10 O etselitse likoti tse tletseng metsi likotopo tse kenang mafikeng,+
Leihlo la hae le bone lintho tsohle tsa bohlokoa.
15 Ho ke ke ha fanoa ka khauta e hloekileng e le phapanyetsano bakeng sa bona,+
Silevera e ke ke ea bekhoa e le tefello ea bona.
17 Khauta le khalase li ke ke tsa bapisoa le bona,
Leha e le hore sejana sefe kapa sefe sa khauta e hloekisitsoeng ke phapanyetsano ea bona.
18 Korale+ le kristale ea lejoe li ke ke tsa boleloa,
Empa mokotla o tletseng bohlale ke oa bohlokoa ho feta o tletseng liperela.+
22 Timetso le lefu li itse,
‘Re utloile tlaleho ea bona ka litsebe tsa rōna.’
23 Molimo ke Eena ea utloisisitseng tsela ea bona,+
O tsebile sebaka sa bona,
24 Etsoe o talima lipheletso tsa lefatše;+
O bona tlas’a maholimo ’ohle,
25 E le ho etsetsa moea+ boima,
Ha a ntse a lekantse metsi ka tekanyo;+
26 Ha a etsetsa pula molao oa tsamaiso,+
Le tsela bakeng sa maru a sefefo a sealuma,
27 Joale o ile a bona bohlale ’me a bua ka bona;
A bo lokisa ’me a boela a bo phenya.
28 A tsoela pele ho re ho motho,
‘Bona! Ho tšaba Jehova—ke bohlale,+
Ho furalla bobe ke kutloisiso.’”+
29 Jobo a boela a bua polelo ea hae ea maele ’me a tsoela pele ho re:
2 “Hoja ke ne ke le joaloka likhoeling tsa khale,+
Joaloka matsatsing a ha Molimo a ntebetse;+
3 Ha a etsa hore lebone la hae le khanyetse hlooho ea ka,
Ha ke ne ke tsamaea lefifing ka leseli la hae;+
4 Feela joalokaha ke ne ke le matsatsing a bocha+ ba ka,
Ha kamano e haufi-ufi le Molimo e ne e le tenteng ea ka;+
5 Ha Ea Matla ’Ohle a ne a sa ntse a e-na le ’na,
Ha bahlanka ba ka ba mpota-potile ka hohle!
6 Ha ke ne ke hlatsoa mehato ea ka ka sereleli,
Lefika le ntse le ntšollela melapo ea oli;+
7 Ha ke e-ea hekeng ea motse,+
Ke ne ke lokisa setulo sa ka lepatlelong!+
11 Etsoe tsebe e ile ea mamela ’me ea phatlalatsa hore ke thabile,
Leihlo la bona eaba lea mpakela.
12 Etsoe ke ne ke pholosa ea hlorileng ea hoeletsang ho kōpa thuso,+
Le moshanyana ea se nang ntate le mang kapa mang ea neng a se na mothusi.+
13 Tlhohonolofatso+ ea ea leng lekhatheng la ho timela—e ne e tla holim ’a ka,
Ke ne ke nyakallisa pelo ea mohlolohali.+
14 Ka apara ho loka, ’me e ne e le liaparo+ tsa ka.
Toka ea ka e ne e le joaloka seaparo se se nang matsoho—le tuku.
20 Thoriso ea ka e ncha ho ’na,
Seqha sa ka se leng letsohong la ka se tla fula khafetsa.’
23 Ba ile ba leta bakeng sa ka joalokaha eka ke bakeng sa pula,+
Ba ahlamisa melomo bakeng sa pula ea selemo.+
24 Ke ne ke ba bososella—ba ne ba sa lumele—
Leseli la sefahleho+ sa ka ba ne ba sa le fetole masoabi.
25 Ke ne ke ba khethela tsela, ’me ke ne ke lula ke le hlooho;
Ka lula ke le morena har’a lihlopha tsa hae tsa masole,+
Joaloka ea tšelisang ba siameng.+
Ba banyenyane ho ’na ka matsatsi,+
Bao bo-ntat’a bona nka beng ke hanne
Ho ba beha le lintja tsa mohlape oa ka.
3 Ha ba na thuso ka lebaka la bohloki le tlala,
Ba kokona sebaka se se nang metsi,+
Moo maobane ho neng ho e-na le sefefo le lesupi.
4 Ba ne ba kha setlama sa letsoai lihlahleng,
Metso ea lihlahla tsa lefielo e ne e le lijo tsa bona.
6 Ba lokela ho lula letsoapong la liphula tsa melapo e phoroselang,
Likoting tse fatše le mafikeng.
7 Ba ne ba hooa har’a lihlahla;
Ba ne ba iketsa seqhoqho tlas’a bobatsi.
11 Etsoe o ile a lokolla khoele ea seqha sa ka ’me a nkokobetsa,
Ba tlohetse tōmo e lokolotsoe ka lebaka la ka.
12 Ba tsoha joaloka malinyane ka letsohong la ka le letona;
Ba tlohetse maoto a ka hore a tsamaee,
Empa ba nkahetse mekoallo+ ea bona e bakang koluoa.
13 Ba qhaqhile litsela tsa ka;
Molemo oa bona e bile tsietsi feela ho ’na,+
Ba se na mothusi leha e le ofe.
14 Ba ile ba tla joalokaha eka ba tsoa lekhalong le pharaletseng;
Ba hoholehile tlas’a sefefo.
15 Ke hlasetsoe ke matšabeho a tšohanyetso;
Ho ba seriti ha ka ho lelekisoa joaloka moea,
Poloko ea ka e fetile joaloka leru.
18 Seaparo sa ka sea fetoha ka lebaka la matla a mangata;
Se ntlama joaloka molala oa seaparo sa ka se selelele.
19 O ntheoletse letsopeng,
Hoo ke iponahatsang ke le joaloka lerōle le molora.
21 U iphetola hore u be ea sehlōhō ho ’na;+
U nkoetlela lehloeo ka matla a feletseng a letsoho la hao.
22 U mphahamisetsa moeeng, u mpalamisa oona;
Joale u nqhibilihisa ka molumo o lerata.
23 Etsoe kea tseba hore u tla etsa hore ke khutlele lefung,+
Le ntlong ea pokano bakeng sa e mong le e mong ea phelang.
24 Feela ha ho ea otlollang letsoho la hae khahlanong le qubu ea lithako,+
Leha e le hore ho ba le mohoo o kōpang thuso nakong ea ho felloa ha motho ke matla mabapi le lintho tseo.
26 Le hoja ke letetse se molemo, empa leha ho le joalo ho ile ha tla bobe;+
Ka ’na ka letela leseli, empa ha tla botšo.
27 Mala a ka a ile a lubeha ’me ha aa ka a khutsa;
Ke ile ka tobana le matsatsi a mahloreho.
28 Ka tsamaea ke hlomohile+ ha ho se na khanya ea letsatsi;
Ka ema phuthehong, ka ’na ka hoeletsa ho kōpa thuso.
31 Harepa ea ka ea e-ba ea ho siama feela,
Phala ea ka ea e-ba ea mantsoe a ba llang.
2 Ke kabelo efe e tsoang holimo ho Molimo,+
Kapa lefa le tsoang ho Ea Matla ’Ohle sebakeng se phahameng?
5 Haeba ke tsamaile le batho ba leshano,+
Leoto la ka le potlakela thetsong,+
6 O tla ntekanya sekaleng se nepahetseng+
Molimo o tla tseba botšepehi ba ka.+
7 Haeba mehato ea ka e kheloha tsela,+
Kapa pelo ea ka e latetse mahlo a ka,+
Kapa sekoli leha e le sefe se khomaretse matsoho a ka,+
8 A nke ke jale peō ’me e mong a je,+
Litloholo tsa ka li ntšoe ka metso.
9 Haeba pelo ea ka e ekiloe ke mosali,+
’Me ke ’nile ka lalla+ monyakong oa motsoalle oa ka,
10 Mosali oa ka a silele monna e mong,
Banna ba bang ba ke ba khumame holim ’a hae.+
11 Etsoe hoo e ne e tla ba boitšoaro bo hlephileng,
Hoo e ne e tla ba phoso e lokelang ho eloa hloko ke baahloli.+
12 Etsoe oo ke mollo o neng o tla chesa ho fihlela o timelitse,+
O ne o tla mela ka metso har’a lihlahisoa tsohle tsa ka.
13 Haeba ke ne ke hana kahlolo ea lekhoba la ka
Kapa ea lekhabunyane la ka nyeoeng ea ka le bona,
14 Joale ke tla etsa’ng ha Molimo a ema?
Ha a batla boikarabello, ke tla mo araba ke re’ng?+
15 Na Ea nketsang ka mpeng ha aa ka a mo etsa,+
Na hase A le mong feela ea ileng a re etsa ka pōpelong?
16 Haeba ke ne ke hanela ba tlaase ka seo ba se thabelang,+
Ke ne ke etsa hore mahlo a mohlolohali a felloe ke matla,+
17 Ke ne ke ja sengoathoana sa ka ke le mong,
Ha moshanyana ea se nang ntate a sa se je+
18 (Etsoe ho tloha bocheng ba ka o ile a hōlela ho ’na joalokaha eka ke ntat’ae,
Ka ’na ka tsamaisa mohlolohali eo ho tloha ka mpeng ea ’Mè);
19 Haeba ke ne ke bona mang kapa mang ea timelang ka lebaka la ho se be le liaparo,+
Kapa mofutsana a se na seo a se aparang;
20 Haeba letheka la hae ha lea ka la ntlhohonolofatsa,+
Kapa a iphuthumatsa boeeng+ bo kutiloeng ba lipheleu tsa ka tse nyenyane;
21 Haeba ke ile ka tsokela letsoho la ka koana le koana khahlanong le moshanyana ea se nang ntate,+
Ha ke bona hore thuso ea ka ea hlokahala hekeng,+
22 Kharafu ea ka ea lehetla e ke e oe lehetleng la eona,
Letsoho la ka le robehe lesapong la lona le ka holimo.
23 Etsoe koluoa e tsoang ho Molimo e ne e tšabeha ho ’na,
Ke ne nke ke ka tiisetsa ho ba khahlanong le ho hlompheha+ ha hae.
25 Haeba ke ne ke thaba kahobane thepa ea ka e le ngata,+
Le kahobane letsoho la ka le ne le fumane lintho tse ngata;+
26 Haeba ke bone ha leseli le khanya,
Kapa khoeli ea bohlokoa e tsamaea,+
27 Pelo ea ka ea qala ho ekeha ka sephiring+
Letsoho la ka la aka molomo oa ka,
28 Le seo e ne e tla ba phoso e lokelang ho eloa hloko ke baahloli,
Etsoe nka be ke latotse Molimo oa ’nete ea holimo.
29 Haeba ke ne ke thabela pheliso ea ea ntlhoileng+ haholo,
Kapa ke nyakalla kahobane a fumanoe ke bobe—
30 Ka se ke ka lumella mahalapa a ka ho etsa sebe
Ka ho kōpa kano khahlanong le moea+ oa hae.
31 Haeba banna ba tente ea ka ha baa ka ba re,
‘Ke mang ea ka hlahisang mang kapa mang ea sa khorang lijo tsa hae?’+—
32 Ha ho mojaki ea neng a hlola bosiu ka ntle;+
Ke ile ka boloka mamati a ka a bulehetse tseleng.
33 Haeba ke ile ka koahela litlōlo+ tsa ka joaloka motho oa lefatše
Ka ho pata phoso ea ka ka pokothong ea ka ea hempe—
34 Kahobane ke ne ke tla haroloa letsoalo ke bongata bo boholo,
Kapa nyeliso ea malapa e ne e tla ntšosa
Ke ne ke tla khutsa, ke ne nke ke ka tsoa monyako.
35 Hoja ho ne ho e-na le ea ’mametseng,+
E le hore Ea Matla ’Ohle a ka nkaraba ho ea ka mosaeno oa ka!+
Kapa hoja motho ea nyeoeng le ’na o ne a ngotse tokomane!
36 Ka sebele ke ne ke tla e jara lehetleng;
Ke ne ke tla itlama ka eona joaloka moqhaka o moholo.
38 Haeba tšimo ea ka e ne e hoeletsa ho kōpa thuso khahlanong le ’na,
Litsela tsa eona tsa mehoma li lla hammoho;
39 Haeba ke jele litholoana tsa eona ntle ho chelete,+
Ke entse hore meea ea beng ba eona e hemesele,+
40 Setlama-tlama se meutloa se ke se hlahe+ ho e-na le koro,
Ho hlahe litlama-tlama tse nkhang ho e-na le harese.”
Mantsoe a Jobo a fihlile sephethong.
32 Kahoo banna bana ba bararo ba khaotsa ho araba Jobo, etsoe o ne a lokile mahlong+ a hae. 2 Empa bohale ba Elihu mora oa Barakele Mobuze+ oa lelapa la Rame ba tuka. Bohale ba hae ba tukela Jobo ka lebaka la ho bolela hore moea oa hae o lokile ho e-na le Molimo.+ 3 Hape, bohale ba hae ba tukela metsoalle ea hae e meraro ka lebaka la hore e ne e sa fumana karabo empa e phatlalalitse hore Molimo o khopo.+ 4 Elihu o ne a letetse Jobo ka mantsoe, kahobane ba ne ba le baholo ho eena ka matsatsi.+ 5 Butle-butle Elihu a bona hore ha ho karabo melomong+ ea banna bao ba bararo, ’me bohale ba hae ba ’na ba tuka. 6 Elihu mora oa Barakele Mobuze a araba a re:
“Ke monyenyane ka matsatsi
Lōna le hōlile.+
Ke ka lebaka leo ke ileng ka chechela morao ’me ka tšaba
Ho le bolella tsebo ea ka.
7 Ke ile ka re, ‘Matsatsi a lokela ho bua,
Lilemo tse ngata ke tsona tse lokelang ho tsebahatsa bohlale.’+
9 Hase ba nang le matsatsi a mangata feela ba bohlale,+
Kapa hore ke ba hōlileng feela ba utloisisang kahlolo.+
10 Kahoo ke itse, ‘’Mamele.
Ke tla bolela tsebo ea ka.’
11 Bonang! Ke ’nile ka letela mantsoe a lōna,
Ka ’na ka mamela menahano+ ea lōna,
Ho fihlela le ka batla mantsoe ao le lokelang ho a bua.
12 Ke ile ka lula ke lebisitse tlhokomelo ho lōna,
Bonang! ha ho ea khalemelang Jobo,
Ha ho le ea mong ho lōna ea arabang lipolelo tsa hae,
13 E le hore le se ke la re, ‘Re fumane bohlale;+
Ke Molimo ea mo lelekang, eseng motho.’
14 Kaha ha aa teka mantsoe khahlanong le ’na,
Kahoo nke ke ka mo araba ka lipolelo tsa lōna.
15 Ba tšohile, ha baa araba;
Mantsoe a tlohile ho bona.
16 Ke letile, kaha ha ba tsoele pele ho bua;
Etsoe ba eme, ha baa araba.
17 Ke tla fana ka karolo ea ka ha ke araba;
Ke tla bolela tsebo ea ka;
18 Etsoe ke tletse mantsoe;
Moea o nkhateletse+ ka mpeng.
21 Ka kōpo, e-reng ke se ke ka bontša leeme ho motho;+
Nke ke ka fa motho oa lefatše tlotla;+
22 Etsoe ka sebele ha ke tsebe hore na nka fana ka tlotla joang;
Moetsi+ oa ka o ne a tla ntlosa habonolo.
33 “Joale, leha ho le joalo, Uena Jobo, ka kōpo utloa mantsoe a ka,
U mamele lipolelo tsohle tsa ka.
5 Haeba u khona, nkarabe,
Teka mantsoe ka pel’a ka; ema sebakeng sa hao.
7 Bona! Ha ho ntho e tšabehang ka ho ’na e tla u tšosa,
Ha ho khatello+ ea ka e tla ba boima holim ’a hao.
8 Feela u itse moo ke ntseng ke utloa,
Ka ’na ka utloa molumo oa mantsoe a hao,
9 ‘Ke hloekile ’me ha ke na tlōlo;+
Ha kea silafala, ’me ha ke na phoso.+
14 Etsoe Molimo o bua hang,
Le habeli+—le hoja motho a sa ho ele hloko—
Ha batho ba tleloa ke boroko bo tebileng,
Nakong ea ho robala betheng.+
16 Nakong eo o bula litsebe tsa batho,+
O beha tiiso ea hae keletsong eo a ba fang eona,
17 E le hore a khelose motho ketsong+ ea hae,
Hore a tlose boikakaso+ ho monna ea shahlileng.
19 O khalemeloa ka bohloko holim ’a bethe ea hae,
Ho qabana ha masapo a hae ha ho khaotse.
21 Nama ea hae ea senyeha hore e se ke ea bonoa,
Ka sebele masapo a hae a neng a sa bonoe e ba a sa koaheloang ke letho.
23 Haeba ho e-na le lenģosa bakeng sa hae,
’Muelli, a le mong ho ba sekete,
Ho bolella motho ho loka ha hae,
24 Joale oa mo hauhela ’me o re,
‘Mo tloheleng hore a se ke a theohela ka sekoting!+
Ke fumane thekollo!+
25 Nama ea hae e ke e nchafale ho feta bocheng;+
A ke a khutlele matsatsing a mahlahahlaha a hae a bocha.’+
26 O tla etsa kōpo e tiileng ho Molimo e le hore a ka khahlisoa ke eena,+
O tla bona sefahleho sa hae ka mohoo oa thabo,
O tla busetsa ho loka ha Hae ho motho ea shoang.
27 O tla binela batho ’me a re,
‘Ke entse sebe;+ ’me ke khopamisitse se lokileng,
Ka sebele e ne e se ntho e ntoketseng.
29 Bona! Molimo o etsa lintho tsena tsohle,
Ka makhetlo a mabeli, ka makhetlo a mararo, tabeng ea monna ea shahlileng,
30 Ho furallisa moea oa hae sekoti,+
E le hore a ka behoa leseling ka leseli la ba phelang.+
31 Ela hloko, Uena Jobo! ’Mamele!
Khutsa, ’me ’na ke tla tsoela pele ho bua.
32 Haeba ho e-na le mantsoe leha e le afe ao u ka a buang, nkarabe;
Bua, etsoe ke khahliloe ke ho loka ha hao.
34 Elihu a tsoela pele ho araba ’me a re:
2 “Mamelang mantsoe a ka, lōna ba bohlale;
Le lōna ba tsebang, ’mameleng.
4 A re ikhetheleng kahlolo;
A re tsebeng se molemo.
6 Na ke bolela mashano khahlanong le kahlolo ea ka?
Leqeba la ka le lebe ha le phekolehe le hoja ho se na tlōlo.’+
8 Ka sebele o tseleng e eang setsoalleng le ba tloaetseng ho etsa se kotsi
Le ho tsamaeeng le batho ba khopo.+
10 Ka hona, lōna banna ba nang le kutloisiso,+ ’mameleng.
Ho ke ho be hōle le Molimo oa ’nete hore a sebetse bokhopo,+
Le hore Ea Matla ’Ohle a sebetse ka mokhoa o hlokang toka!+
11 Etsoe o tla putsa+ motho oa lefatše ho ea ka tsela eo a sebetsang ka eona,
O tla etsa hore motho a etsahalloe ke ho hong ho ea ka tsela ea hae.
13 Ke mang ea mo abetseng lefatše,
Ke mang ea mo behetseng naha e behang, kaofela ha eona?
14 Haeba a beha pelo ho mang kapa mang,
Haeba a inkela moea le phefumoloho ea eo,+
15 Nama eohle e tla timela hammoho,
Motho oa lefatše o tla khutlela lerōleng.+
16 Kahoo haeba le na le kutloisiso, mamelang sena;
Mamelang molumo oa mantsoe a ka.
17 Ka sebele na leha e le ofe ea hloileng toka o tla laola,+
Haeba motho ea matla a lokile na le tla phatlalatsa hore o khopo?+
19 Ho na le E Mong ea sa bontšang leeme ho likhosana
Le ea sa nahanelang ea hlomphehang+ ho feta ea tlaase,
Etsoe kaofela ha bona ke mosebetsi oa matsoho a hae.+
20 Ka motsotsoana baa shoa,+ esita le har’a bosiu;+
Batho baa hlokoleha ’me baa feta,
Ba matla baa feta empa eseng ka letsoho+ la motho.
23 Etsoe ha a behele motho leha e le ofe nako e behiloeng
Hore a ee ho Molimo kahlolong.
26 O ba jabela joaloka ba khopo
Moo ho nang le bashebelli;+
27 Ka lebaka la hore ba khelohile hore ba se ke ba mo latela,+
Ha baa nahana ka litsela tsa hae,+
28 E le ho etsa hore mohoo oa ea tlaase o fihle ho eena;
Kahoo o utloa mohoo oa ba hlorileng.+
29 Ha a tlisa khutso, joale, ke mang ea ka mo ahlolang?
Ha a pata sefahleho+ sa hae, ke mang ea ka mo bonang,
Ebang o se patela sechaba+ kapa motho, e le ntho e tšoanang?
31 Etsoe na ho na le ea ka reng ho Molimo,
‘Ke mameletse, le hoja ke sa sebetse ka bobolu;+
32 Le hoja ke sa bone letho, u nthute;
Haeba ke entse ho se loke leha e le hofe,
Nke ke ka ho etsa hape’?+
33 Na o tla u buseletsa ho ea ka pono ea hao kahobane u hana kahlolo,
Kahobane ke uena ea khethang, eseng ’na?
Seo u se tsebang hantle, se bue.
34 Batho ba nang le kutloisiso+ ba tla re ho ’na—
Esita le monna ea shahlileng ea bohlale ea ’mamelang,
35 ‘Jobo o bua ntle ho tsebo,+
Mantsoe a hae ha a na temohisiso.’
36 Ntate, Jobo a ke a lekoe ho feta kamoo a ka mamellang kateng
Ka lebaka la likarabo tsa hae har’a batho ba babe.+
37 Etsoe o eketsa bofetoheli+ sebeng sa hae;
O opa liatla har’a rōna ’me o atisa lipolelo tsa hae khahlanong le Molimo oa ’nete!”+
35 Elihu a tsoela pele ho araba ’me a re:
2 “Na see ke seo u se nkileng e le toka?
U itse, ‘Ho loka ha ka ho feta ha Molimo.’+
6 Haeba u etsa sebe, u finyella eng khahlanong le eena?+
Haeba bofetoheli ba hao bo eketseha, u mo etsetsa eng?
8 Bokhopo ba hao bo ka ’na ba e-ba khahlanong le motho ea joaloka uena,+
Ho loka ha hao ha e-ba ho mora oa motho oa lefatše.+
9 Ba ntse ba hoeletsa ho kōpa thuso ka lebaka la likhatello tse ngata;+
Ba ntse ba hoeletsa ho kōpa thuso ka lebaka la matsoho a ba baholo.+
10 Leha ho le joalo ha ho ea itseng, ‘Molimo Moetsi oa ka e Moholo+ o hokae,
Ea fanang ka lipina tsa thoriso bosiu?’+
11 Ke eena Ea re rutang+ ho feta liphoofolo tsa lefatše,+
O re hlalefisa ho feta libōpuoa tse fofang tsa maholimo.
14 Joale, ho joalo hakaakang ha u re ha u mo bone!+
Nyeoe e ka pel’a hae, kahoo u lokela ho mo letela ka tabatabelo.+
15 Joale kahobane bohale ba hae ha boa batla boikarabello,+
O boetse ha aa ela hloko lepotlapotla le feteletseng.+
36 Elihu a eketsa ka ho re:
2 “’Mamelle ka nakoana, ’me ke tla u bolella
Hore ho sa ntse ho e-na le mantsoe a tla buuoa bakeng sa Molimo.
5 Bona! Molimo o matla+ ’me a ke ke a lahla;
O tletse bonatla matleng a pelo;
6 A ke ke a boloka mang kapa mang ea khopo a phela,+
Empa o tla fana ka kahlolo ea ba hlorileng.+
7 A ke ke a tlosa mahlo a hae ho mang kapa mang ea lokileng;+
Esita le marena literoneng+—
O tla boela a a lulisa ka ho sa feleng, ’me a tla phahama.
9 Joale o tla a bolella ka tsela eo a sebetsang ka eona
Le litlōlo tsa ’ona, kahobane aa iphahamisa.
11 Haeba a mamela ’me a sebeletsa,
A tla phetha matsatsi a ’ona ho se molemo
A phethe lilemo tsa ’ona ka thabo.+
13 Ba lipelo li koenehileng ba tla bokella bohale.+
Ha baa lokela ho hoeletsa ho kōpa thuso kahobane o ba tlamile.
14 Meea ea bona e tla shoa e sa le bocheng,+
Bophelo ba bona bo shoelle har’a matekatse a banna a tempele.+
15 O tla pholosa ea hlorileng mahlorehong a hae,
O tla bula litsebe tsa bona khatellong.
16 Ka sebele o tla boela a u hoka-hoke molomong oa mahlomola!+
Sebaka se pharaletseng haholo,+ eseng se petetsaneng, se tla ba sebakeng sa oona,
Matšeliso a tafole ea hao a tla tlala monono.+
17 Ka sebele u tla tlala kahlolo ea boahloli ho ea khopo;+
Kahlolo ea boahloli le toka li tla itsetsepela.
18 Hlokomela hore khalefo+ e se ke ea u hoka-hoka hore u ope liatla ka ho nyefola,
Thekollo+ e khōlō e se ke ea u khelosa.
19 Na mohoo oa hao o kōpang thuso o tla ba le tšusumetso?+ Che, leha e le hore mahlomoleng
Boiteko bohle ba hao bo matla+ bo tla ba le tšusumetso.
20 U se ke ua labalabela bosiu,
Hore lichaba li ikhule moo li leng teng.
22 Bona! Molimo o sebetsa ka mokhoa o phahameng ka matla a hae;
Ke morupeli ofe ea tšoanang le eena?
23 Ke mang ea batlileng boikarabello ba tsela ea hae khahlanong le eena,+
Ke mang ea itseng, ‘U entse ho se loke’?+
26 Bona! Molimo o phahame ho feta kamoo re ka tsebang;+
Lilemo tsa hae li ke ke tsa phenngoa ka palo.+
27 Etsoe o hula marotholi a metsi;+
A rotha e le pula bakeng sa moholi oa hae,
A rothela holim ’a moloko oa batho ka bongata.
4 Molumo o puruma ka mor’a lona;
O luma+ ka molumo oa bophahamo+ ba hae,
Ha a li thibe ha lentsoe la hae le utluoa.+
5 Molimo o luma ka lentsoe+ la hae ka tsela e hlollang,
O etsa lintho tse khōlō tseo re ke keng ra li tseba.+
6 Etsoe o re ho lehloa, ‘Khethehela lefatšeng,’+
Ho pula ea litloebelele, le ho pula ea litloebelele ea lipula tsa hae tse matla.+
7 O beha tiiso letsohong la motho e mong le e mong oa lefatše
Hore motho e mong le e mong ea shoang a tsebe mosebetsi oa hae.
11 E, o imetsa leru ka mongobo,
Leseli+ la hae le hasanya leru,
12 Le ntse le reteletsoa ke ho a tsamaisa ha hae bakeng sa mosebetsi oa ’ona
Kae kapa kae moo a a laelang+ teng holim ’a naha e behang ea lefatše.
13 Ebang ke bakeng sa thupa+ kapa bakeng sa naha+ ea hae
Kapa bakeng sa mosa o lerato,+ o etsa hore le hlahise liphello.
15 Na ua tseba hore Molimo o behile taetsano neng holim ’a ’ona,+
Le hore na o entse hore leseli la leru la hae le khanye neng?
19 Re bolelle seo re lokelang ho mo bolella sona;
Re ke ke ra bua mantsoe ka lebaka la lefifi.
20 Na o lokela ho bolelloa hore ke tla bua?
Kapa ho na le motho leha e le ofe ea itseng ho tla buisanoa?+
24 Ka hona batho ba ke ba mo tšabe.+
Ha a ele hloko leha e le bafe ba lokileng ka lipelong tsa bona.”+
38 Jehova a araba Jobo a le sefefong+ ’me a re:
2 “Ke mang eo ea patang keletso
Ka mantsoe a se nang tsebo?+
5 Ke mang ea behileng litekanyo tsa lona, haeba u tseba,
Kapa ke mang ea ileng a otlolla khoele ea ho lekanya holim ’a lona?
6 Litšehetso tsa lona tse sekoti+ li kentsoe ho eng,
Kapa ke mang ea behileng lejoe la lona la sekhutlo,
7 Ha linaleli tsa hoseng+ li hoeletsa ka thabo hammoho,
Bara bohle ba Molimo+ ba qala ho hlaba litlatse?
8 Ke mang ea etselitseng leoatle mokoallo ka mamati,+
Le ileng la tsoa joalokaha eka le qhashoha pōpelong;
9 Ha ke beha leru e le seaparo sa lona
Le botšo bo boholo e le lesela la lona le phuthelang,
10 Ka beha molao oa ka oa tsamaiso holim ’a lona
Ka beha mekoallo le mamati,+
11 Ka re, ‘U ka fihla bohōleng bona, eseng ho fetela pele;+
Maqhubu a hao a phahameng a lekanyelitsoe+ ho fihla mona’?
12 Na u ile ua laela hoseng+ ho tloha matsatsing a hao ho ea pele?
Na u ile ua etsa hore mafube a tsebe sebaka sa ’ona,
13 Hore a tšoare lipheletso tsa lefatše,
E le hore ba khopo ba ka hlohloroa ho lona?+
19 Joale, tsela e eang moo letsatsi le lulang+ e hokae?
Ha e le lefifi, sebaka sa lona se hokae,
20 E le hore u ka le isa moeling oa lona
Le hore u utloisise litsela tse eang ntlong ea lona?
22 Na u kene ka matlung a polokelo a lehloa,+
Kapa na u bona matlo a polokelo a sefako,+
23 Ao ke a boloketseng nako ea mahlomola,
Bakeng sa letsatsi la ho loana le ntoa?+
24 Joale, tsela eo leseli le ikabang ka eona e hokae,
Le eo moea oa bochabela+ o hasa-hasanang ka eona holim ’a lefatše?
25 Ke mang ea arotseng kotopo bakeng sa moroallo
Le tsela bakeng sa maru a sefefo a sealuma,+
26 Ho nesa pula naheng eo ho eona ho se nang motho,+
Lefeelleng leo ho lona ho se nang motho oa lefatše,
27 Ho khotsofatsa libaka tse otliloeng ke sefefo le tse lesupi
Le ho melisa lehlōmela la joang?+
29 Ha e le hantle leqhoa le tsoa ka mpeng ea mang,
Ha e le serame+ sa leholimo, ke mang ea se tsoalang?
30 Metsi a lula a ipatile joalokaha eka ke ka tlas’a lejoe,
Bokaholimo ba boliba bo iketsa hore bo tiee.+
31 Na u ka tiisa litlamo tsa sehlopha sa linaleli sa Kima,
Kapa na u ka lokolla lithapo tsa sehlopha sa linaleli sa Kesile?+
32 Na u ka hlahisa sehlopha sa linaleli sa Mazarothe ka nako ea sona e behiloeng?
Ha e le sehlopha sa linaleli sa Ashe haufi le bara ba sona, na u ka se tsamaisa?
34 Na u ka phahamisetsa lentsoe la hao lerung,
E le hore moroallo o nyolohang oa metsi o ka u koahela?+
35 Na u ka ntša mahalima e le hore a ka tsamaea
A re ho uena, ‘Ke rōna bana!’?
36 Ke mang ea kentseng bohlale+ marung,
Kapa ke mang ea fileng lipono tse makatsang tsa leholimo kutloisiso?+
37 Ke mang ea ka balang maru hantle ka bohlale,
Kapa linkho tsa metsi tsa leholimo—ke mang ea ka li thulamisang,+
38 Ha lerōle le tšoloha joalokaha eka le tšolohela ka nthong e entsoeng ka ho qhibilihisoa,
Makote a khomarelana?
39 Na u ka tsomela tau phofu
Na u ka khotsofatsa takatso e matla ea lijo ea litaoana,+
40 Ha li botha libakeng tseo li ipatang ho tsona,+
Kapa li bothile selaong moo li lallang teng?
41 Ke mang ea lokisetsang lekhoaba lijo+ tsa lona
Ha malinyane a lona a hoeletsa ho Molimo ho kōpa thuso,
Ha a ntse a lelera kahobane ho se letho le jeoang?
39 “Na u tseba nako e behiloeng ea hore lipōli tsa thaba tsa lefika li tsoale?+
Na u hlokomela hore likhama tse tšehali li tsoala+ neng ka bohloko ba pelehi?
2 Na u bala likhoeli tseo li li phethang,
Kapa u tseba nako e behiloeng eo li tsoalang ka eona?
3 Lia inama ha li tsoala manamane a tsona,
Ha li itokolla bohlokong ba tsona.
4 Manamane a tsona a matona a ba matla, a ba maholo naheng e sabaletseng;
Aa tsoa ’me ha a khutlele ho tsona.
5 Ke mang ea lokolotseng qoaha,+
Ke mang ea lokolotseng marapo a esele e hlaha,
6 Eo ntlo ea eona ke e entseng thota ea lehoatata
Le eo libaka tsa eona tsa bolulo ke li entseng naha ea letsoai?+
10 Na u tla tlama poho e hlaha ka thata ka liropo tsa eona tseleng ea mohoma,
Kapa na e tla ekha+ likhohlo ka mor’a hao?
11 Na u tla e tšepa kahobane e e-na le matla a maholo,
Na u tla e tlohella seo u se sehletseng ka thata?
12 Na u tla itšetleha ka eona hore e khutlise peō ea hao
Le hore e bokelle seotlong sa hao?
13 Na lepheo la mpshe e tšehali le phuphusetse ka thabo,
Kapa e na le masiba a mokotatsie+ le masiba ’ohle?
14 Etsoe e tlohela mahe a eona mobung
E a boloka a futhumetse lerōleng,
15 Ea lebala hore leoto le ka ’na la a silakanya
Kapa esita le hore sebata sa naha se ka a hatakela.
16 E tšoara malinyane a eona a matona ka thata, joalokaha eka hase a eona+—
Ho sehla ha eona ke ha lefeela kahobane ha e na tšabo.
18 Nakong eo e phuphuletsang mapheo a eona holimo,
E tšeha pere le mopalami oa eona.
23 Khohlopo e kotomana khahlanong le eona,
Lehare la lerumo le lerumo le betsoang.
24 E metsa lefatše ka ho tila ka tlhako le ka khalefo,
Ha e lumele hore ke molumo oa lenaka.
25 Hang ha lenaka le lla e re Eke!
E fofonela ntoa e le hōle,
Moferefere oa balaoli le mohoo oa ntoa.+
26 Na ke ka lebaka la kutloisiso ea hao phakoe e fofelang holimo,
E otlollelang mapheo a eona moeeng oa boroa?
27 Kapa na ke ka taelo ea hao ntsu+ e fofelang holimo
E hahang sehlaha sa eona holimo,+
28 E lulang lefikeng ’me e hlolang bosiu
Holim ’a motsu oa lefika le sebakeng seo ho leng thata ho fihla ho sona?
40 Jehova a araba Jobo a re:
2 “Na ea tšoaeang liphoso o lokela ho tsekisana le Ea Matla ’Ohle?+
Ea khalemelang Molimo a ke a arabe.”+
3 Jobo a araba Jehova a re:
4 “Bona! Ke fetohile eo e seng oa bohlokoa.+
Ke tla u araba ke re’ng?
Ke behile letsoho molomong.+
5 Ke buile hang, ’me nke ke ka araba;
Ke buile habeli, ’me nke ke ka eketsa ka letho.”
6 Jehova a araba Jobo a le sefefong+ a re:
8 Na ka sebele u tla etsa toka ea ka lefeela?
Na u tla phatlalatsa hore ke khopo e le hore u ka ba ea nepileng?+
9 Kapa na u na le letsoho le tšoanang le la Molimo oa ’nete,+
Na u ka etsa hore ho be le sealuma ka lentsoe le tšoanang le la hae?+
11 Ho tlakoloha ha hao ka bohale+ ho ke ho phalle,
U bone e mong le e mong ea ikhohomosang ’me u mo theolele tlaase.
Koahela lifahleho tsa bona sebakeng se patehileng,
14 Ke tla u babatsa,
Kahobane letsoho la hao le letona le ka u pholosa.
17 E koba mohatla oa eona joaloka kedare;
Mesifa ea lirope tsa eona e rarahane.
18 Masapo a eona ke mathōpo a koporo;
Masapo a eona a thata a joaloka melamu ea tšepe e teiloeng.
21 E botha tlas’a lifate tsa lotase tse meutloa,
Sebakeng se patehileng sa lehlaka+ le sebakeng se qhafu-qhafu.+
22 Lifate tsa lotase tse meutloa li e boloka e sirehile ka moriti oa tsona;
Lipopoliri tsa phula ea molapo o phoroselang li e lika-likelitse.
23 Haeba nōka e phalla ka sekhahla, ha e mathe e tšohile.
E sebete, le hoja Jordane+ e ka akhotsehela molomong oa eona.
24 Na ho na le ea ka e tšoasang e ntse e shebile?
Na ho na le ea ka e phunyang nko ka maraba?
3 Na e tla etsa likōpo tse ngata tse tiileng ho uena,
Kapa e tla u bolella mantsoe a bonolo?
4 Na e tla hlaba selekane le uena,
E le hore u ka e nka joaloka lekhoba ho isa nakong e sa lekanyetsoang?
5 Na u ka bapala le eona joalokaha u bapala le nonyana,
Kapa u ka e tlamela bananyana ba hao?
6 Na balekane ba tla fapanyetsana bakeng sa eona?
Na ba tla e arolela bo-rakhoebo?
8 Beha letsoho la hao holim ’a eona.
Hopola ntoa. U se ke ua etsa joalo hape.
9 Bona! Ka sebele seo motho a se lebeletseng ka eona se tla soetseha.
Motho o tla boela a tabane fatše ha a e bona feela.
11 Ke mang ea mphileng ho hong pele, e le hore ke tšoanele ho mo putsa?+
Sohle se tlas’a maholimo ’ohle ke sa ka.+
12 Nke ke ka khutsa ka likarolo tsa eona
Kapa ka matla a eona le ho boheha ha boholo ba eona.
13 Ke mang ea koaholotseng liaparo tsa eona?
Ke mang ea tla kena ka mehlahareng ea eona e ’meli?
14 Ke mang ea butseng mamati a sefahleho sa eona?
Meno a eona ka hohle aa tšosa.
15 E ikhohomosa ka makhakhapha a entseng mela,
A koetsoeng joalokaha eka ke ka tiiso e tiileng.
16 A tlameletsoe ka thata le leng ho le leng,
Le moea o ke ke oa kena pakeng tsa ’ona.
17 A khomarelane;
Aa tšoarana ’me a ke ke a aroloa.
18 Ho thimola ha eona ho khantša leseli,
Mahlo a eona a joaloka mahlaseli a mafube.
19 Molomong oa eona ho tsoa ho tšoelima ha lehalima,
Esita le litlhase tsa mollo lia baleha.
20 Linkong tsa eona ho tsoa mosi,
Joaloka sebōpi se hotelitsoeng ka loli.
21 Moea oa eona o chesa mashala,
Lelakabe le tsoa molomong oa eona.
22 Matla a lutse molaleng oa eona,
Ho felloa ke tšepo ho tlōla ka pel’a eona.
23 Maphethe a nama ea eona aa khomarelana;
A joaloka ntho e etselitsoeng holim ’a eona, e sa sisinyeheng.
24 Pelo ea eona e entsoe joaloka lejoe,
E, e entsoe joaloka leloala.
31 E etsa hore maliba a bele joaloka pitsa;
E etsa hore leoatle le be joaloka pitsa ea mafura.
32 E khantša tsela ka mor’a eona;
Motho o ne a ka nka boliba e le bohlooho-putsoa.
33 Ha ho se tšoanang le eona holim ’a lefatše,
Se entsoeng hore se se ke sa e-ba le tšabo.
34 E bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phahameng.
Ke morena oa libata tsohle tse khōlō.”
42 Jobo a araba Jehova a re:
2 “Kea tseba hore u khona ho etsa lintho tsohle,+
Ha ho khopolo eo u ke keng ua e fihlela.+
3 ‘Ke mang eo ea patang keletso ntle ho tsebo?’+
Ka hona ke buile, empa ke ne ke sa utloisise
Lintho tse hlollang haholo bakeng sa ka, tseo ke sa li tsebeng.+
5 Ke utloile ka uena ka monyenyetsi,
Empa joale leihlo la ka lea u bona.
7 Eitse ka mor’a hore Jehova a bolelle Jobo mantsoe ana, Jehova a re ho Elifaze Motemane:
“Bohale ba ka bo tuketse uena le metsoalle ea hao e ’meli,+ kaha ha lea bua ’nete+ ka ’na joalokaha ho entse mohlanka oa ka Jobo. 8 Joale inkeleng lipoho tse supileng le lipheleu tse supileng+ le ee ho mohlanka oa ka Jobo,+ ’me le nyehele sehlabelo sa secheso molemong oa lōna; ’me mohlanka oa ka Jobo o tla le rapella.+ Ke tla amohela sefahleho sa hae feela e le hore ke se ke ka etsa booatla bo nyelisehang ho lōna, etsoe ha lea bua ’nete ka ’na, joalokaha ho entse mohlanka oa ka Jobo.”+
9 Tumellanong le hoo Elifaze Motemane le Bildade Moshuha le Tsofare Monaama ba ea ’me ba etsa feela joalokaha Jehova a ne a ba boleletse; kahoo Jehova a amohela sefahleho sa Jobo.
10 Jehova a tlosa boemo ba Jobo+ ba boholehuoa ha a rapella metsoalle+ ea hae, eaba Jehova o qala ho fana ho phaella ho sohle seo e neng e le sa Jobo, ka ho imenneng habeli.+ 11 Barab’abo bohle le likhaitseli tsohle tsa hae le bohle bao pele ba neng ba mo tseba ba ’na ba tla ho eena,+ eaba ba qala ho ja bohobe le eena+ ka tlung ea hae le ho mo utloela bohloko le ho mo tšelisa tlokotsing eohle eo Jehova a neng a e lumeletse hore e mo oele holimo; e mong le e mong a mo fa sekotoana sa chelete ’me e mong le e mong a mo fa lesale la khauta.
12 Ha e le Jehova, ka mor’a moo a hlohonolofatsa+ qetello ea Jobo ho feta tšimoloho+ ea hae, hoo a ileng a ba le linku tse likete tse leshome le metso e mene le likamele tse likete tse tšeletseng le lipane tse sekete tsa likhomo le liesele tse tšehali tse sekete. 13 A boela a ba le bara ba supileng le barali ba bararo.+ 14 Oa pele a mo reha lebitso la Jemima ’me oa bobeli a mo reha lebitso la Kezia ’me oa boraro a mo reha lebitso la Keren-hapuke. 15 Ha ho basali ba ileng ba fumanoa ba le batle joaloka barali ba Jobo naheng eo eohle, eaba ntat’a bona o ba fa lefa har’a likhaitseli tsa bona.+
16 Jobo a tsoela pele ho phela lilemo tse lekholo le mashome a mane+ ka mor’a mona ’me a bona bara ba hae le litloholo+ tsa hae—meloko e mene. 17 Qetellong Jobo a shoa, a tsofetse ’me a khotsofetse ke matsatsi.+