Lipesaleme
BUKA EA PELE
1 Ho thaba+ motho ea sa kang a tsamaea keletsong ea ba khopo,+
Ea sa kang a ema tseleng ea baetsalibe,+
Ea sa kang a lula setulong sa basomi.+
3 Ka sebele o tla ba joaloka sefate se lenngoeng haufi le melapo ea metsi,+
Se fanang ka litholoana tsa sona nakong ea tsona+
Le seo makhasi a sona a sa poneng,+
Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang e tla atleha.+
5 Ke ka lebaka leo ba khopo ba ke keng ba ema kahlolong,+
Kapa baetsalibe phuthehong ea ba lokileng.+
2 Ke hobane’ng ha lichaba li bile morusu+
’Me lihlopha tsa lichaba li ’nile tsa honotha ka ntho ea lefeela?+
Balaoli ba phahameng ba khobokane hammoho e le ntho e le ’ngoe+
Khahlanong le Jehova+ le khahlanong le motlotsuoa+ oa hae,
3 Ba re: “A re khaoleng marapo a bona+
Re lahlele lithapo tsa bona hōle le rōna!”+
5 Ka nako eo o tla bua le bona ka bohale+ ba hae
O tla ba khathatsa khalefong ea hae e tukang,+
8 Nkōpe,+ e le hore nka fana ka lichaba e le lefa la hao+
Le lipheletso tsa lefatše e le leruo la hao.+
9 U tla li thumakanya ka lere la borena la tšepe,+
U tla li pshatla+ joalokaha eka ke sejana sa sebōpi.”
10 Joale, Lōna marena, le sebelise temohisiso;
Itlohelleng hore le khalemeloe, Lōna baahloli ba lefatše.+
12 Akang mora,+ hore A tle a se ke a tuka ke bohale
Le tle le se ke la timela tseleng,+
Etsoe bohale ba hae bo tuka habonolo.+
Ho thaba bohle ba tšabelang ho eena.+
Pina ea thoriso ea Davida ha a ne a baleha ka lebaka la mora oa hae Absalome.+
3 Jehova, ke hobane’ng ha bahanyetsi ba ka ba ngatafetse?+
Ke hobane’ng ha ba bangata ba ntsohela matla?+
4 Ke tla hoeletsa ho Jehova ka lentsoe la ka,
O tla nkaraba a le thabeng ea hae e halalelang.+ Selah.
5 Ha e le ’na, ke tla sekama e le hore nka robala;
Ka sebele ke tla tsoha, etsoe Jehova o ntse a ntšehetsa.+
7 Tsoha,+ Jehova! U mpholose,+ Molimo oa ka!+
Etsoe u tla lokela ho otla lira tsohle tsa ka mohlahareng.+
U tla lokela ho roba meno a ba khopo.+
Ho motsamaisi oa liletsa tse likhoele.+ Pina ea thoriso ea Davida.
4 Ha ke hooa, u nkarabe, Molimo oa ka ea lokileng.+
U nketsetse sebaka se pharaletseng ha ke le mahlomoleng.
Mpontše mohau+ ’me u utloe thapelo ea ka.
2 Lōna bara ba batho, khanya+ ea ka e tla rohakoa halelele hakae,
Ha le ntse le rata lintho tsa lefeela,
Ha le ntse le batla ho fumana leshano? Selah.
3 Kahoo tsebang hore ka sebele Jehova o tla khetholla ea tšepahalang oa hae;+
Jehova o tla utloa ha ke hoeletsa ho eena.+
4 Halefang, empa le se ke la etsa sebe.+
Buelang ka lipelong, holim’a libethe tsa lōna,+ ’me le khutse. Selah.
6 Ho na le ba bangata ba reng: “Ke mang ea tla re bontša se molemo?”
Jehova, phahamisetsa leseli la sefahleho sa hao ho rōna.+
7 Ka sebele u tla fana ka thabo ka pelong ea ka+
E khōlō ho feta nakong ea ha lijo-thollo tsa bona le veine ea bona e ncha e le ngata.+
8 Ke tla sekama ’me ke robale ka khotso,+
Etsoe, Jehova, ke uena feela ea etsang hore ke lule ke sireletsehile.+
Ho motsamaisi oa Nehilothe. Pina ea thoriso ea Davida.
4 Etsoe ha u Molimo ea thabelang bokhopo;+
Ha ho le ea mong e mobe ea ka lulang le uena ka nako leha e le efe.+
5 Ha ho baithorisi ba ka emang ka pel’a mahlo a hao.+
U hloile bohle ba tloaetseng ho etsa se kotsi;+
7 Ha e le ’na, ka mosa oa hao o lerato o mongata+
Ke tla kena ka tlung+ ea hao,
Ke tla inamela nģ’a tempele ea hao ka ho u tšaba.+
8 Jehova, u ntsamaise ho lokeng+ ha hao ka lebaka la lira tsa ka;+
Batalatsa tsela ea hao ka pel’a ka.+
9 Etsoe melomong ea bona ha ho letho le tšepahalang;+
Litho tsa bona tse ka hare ke tsietsi.+
’Metso ea bona ke sebaka sa lepato se bulehileng;+
Ba sebelisa leleme le qhekellang.+
10 Ka sebele Molimo o tla ba nka ba le molato;+
Ba tla oa ka lebaka la merero ea bona.+
Ba ke ba qhalakanngoe litlōlong tsa bona tse ngata haholo,+
Hobane ba u fetohetse.+
11 Empa bohle ba tšabelang ho uena ba tla thaba;+
Ba tla hoeletsa ka thabo+ ho isa nakong e sa lekanyetsoang.
U tla thibela hore ba se ke ba atameloa,
Ba ratang lebitso la hao ba tla thaba ka lebaka la hao.+
12 Etsoe, Jehova, u tla hlohonolofatsa mang kapa mang ea lokileng;+
Joalokaha eka ke ka thebe e khōlō,+ u tla ba lika-liketsa ka kamohelo.+
Ho motsamaisi oa liletsa tse likhoele molumong oa ’mino o tlaase.+ Pina ea thoriso ea Davida.
2 Jehova, mpontše mohau, etsoe ke felloa ke matla.+
Jehova, mpholise,+ kaha masapo a ka a khathatsehile.
6 Ke khathetse ke ho feheloa ha ka;+
Bosiu bohle ke etsa hore bethe ea ka e re te! ke metsi;+
Ke etsa hore setulo sa ka se kang moalo se tlale ka meokho ea ka.+
7 Leihlo la ka le tepeletse ka lebaka la matšoenyeho,+
Le tsofetse ka lebaka la bohle ba bontšang bora ho ’na.+
8 Tlohang ho ’na, lōna bohle ba tloaetseng ho etsa se kotsi,+
Etsoe ka sebele Jehova o tla utloa molumo oa ho lla ha ka.+
10 Lira tsohle tsa ka li tla hlajoa ke lihlong+ haholo ’me li khathatsehe;
Li tla khutla, li tla hlajoa ke lihlong hang-hang.+
Koli-ea-malla ea Davida eo a ileng a e binela Jehova malebana le mantsoe a Kushe Mobenjamine.
7 Jehova Molimo oa ka,+ ke tšabetse ho uena.+
Mpholose ho bohle ba ntlhorisang ’me u ntopolle,+
2 E le hore ho se ke ha e-ba le ea rusollang moea oa ka likoto joalokaha tau e etsa,+
Ea ntlhoibilang ha ho se molopolli.+
3 Jehova Molimo oa ka, haeba ke entse sena,+
Haeba ho e-na le ho hloka toka leha e le hofe matsohong a ka,+
4 Haeba ke buselelitse se sebe ho ea mputsang,+
Kapa haeba ke tlatlapile mang kapa mang ea bontšang bora ho ’na ntle ho katleho,+
5 Sera se ke se lelekise moea oa ka+
Se ke se fihlele bophelo ba ka ’me se bo hatakele fatše
Se etse hore khanya ea ka e lule lerōleng. Selah.
6 Tsoha, Jehova, bohaleng ba hao;+
Phahama ha ba bontšang bora ho ’na ba tlakoloha ka khalefo,+
U tsohe bakeng sa ka,+ kaha u fane ka taelo bakeng sa kahlolo.+
7 Phutheho ea lichaba e ke e u teele hare,
U khutlele sebakeng se phahameng khahlanong le eona.
8 Jehova o tla liha kahlolo holim’a lichaba.+
Jehova, nkahlole ho ea ka ho loka ha ka+
Le ho ea ka botšepehi ba ka+ bo ka ho ’na.
10 Thebe ea ka e ho Molimo,+ Mopholosi oa ba lipelo li lokileng.+
12 Haeba mang kapa mang a sa khutle,+ sabole ea Hae o tla e leotsa,+
Ka sebele o tla koba seqha sa hae, ’me o tla se lokisetsa ho fula.+
15 O epile sekoti, ’me a tsoela pele ho se cheka;+
Empa o tla oela ka sekoting seo a ileng a se etsa.+
16 Khathatso ea hae e tla khutlela hloohong ea hae,+
Pefo ea hae e tla theohela holim’a hlooho ea hae.+
17 Ke tla roka Jehova ho ea ka ho loka ha hae,+
Ke tla binela lebitso+ la Jehova ea Phahameng ka ho Fetisisa+ lipina tsa thoriso.
Ho motsamaisi oa Gitithe.+ Pina ea thoriso ea Davida.
8 Jehova Morena oa rōna, lebitso la hao le hlompheha hakaakang lefatšeng lohle,+
Uena eo ho hlompheha ha hao ho phetoang ka holim’a maholimo!+
2 Ho tsoa melomong ea bana le ba anyang u thehile matla,+
Ka lebaka la ba bontšang bora ho uena,+
E le ho etsa hore sera le ea iphetetsang ba khaotse.+
3 Ha ke bona maholimo a hao, mesebetsi ea menoana ea hao,+
Khoeli le linaleli tseo u li lokisitseng,+
4 Motho ea shoang+ ke’ng hore u ’ne u mo hopole,+
Le mora oa motho oa lefatše ke’ng hore u mo hlokomele?+
6 U etsa hore a laole mesebetsi ea matsoho a hao;+
U behile ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka tlas’a maoto a hae:+
7 Likhutšoane le lipholo, kaofela ha tsona,+
Le liphoofolo tsa naha e sabaletseng,+
8 Linonyana tsa leholimo le litlhapi tsa leoatle,+
Ntho leha e le efe e fetang litseleng tsa maoatle.+
9 Jehova Morena oa rōna, lebitso la hao le hlompheha hakaakang lefatšeng lohle!+
Ho motsamaisi oa Muthe-labene. Pina ea thoriso ea Davida.
א [ʼAleph]
2 Ke tla thaba ’me ke nyakalle ka lebaka la hao,+
Ke tla binela lebitso la hao lipina tsa thoriso, Uena Ea Phahameng ka ho Fetisisa.+
ב [Behth]
ג [Gimel]
5 U khalemetse lichaba ka matla,+ u timelitse ea khopo.+
U hlakotse mabitso a bona ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng.+
6 Uena sera, masupi a hao a felile ka ho sa feleng,+
Le metse eo u e fothotseng.+
Ka sebele ho boleloa ha tsona ho tla timela.+
ה [Heʼ]
7 Ha e le Jehova, o tla lula ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+
A tiise terone ea hae ka thata bakeng sa kahlolo.+
8 O tla ahlola ka ho loka+ naha e behang;
Ka mokhoa oa boahloli o tla qosa lihlopha tsa lichaba ka ho loka.+
ו [Waw]
9 Jehova e tla ba sebaka se phahameng sa tšireletso bakeng sa mang kapa mang ea hateletsoeng,+
E be sebaka se phahameng sa tšireletso linakong tsa mahlomola.+
10 Ba tsebang lebitso la hao ba tla u tšepa,+
Etsoe ka sebele u ke ke ua tlohela ba u batlang, Jehova.+
ז [Zayin]
12 Etsoe, ha a batla tšollo ea mali,+ ka sebele o tla ba hopola;+
Ka sebele a ke ke a lebala mohoo oa ba hlorileng.+
ח [Chehth]
13 Mpontše mohau, Jehova; bona ho hlora ha ka ka lebaka la ba ntlhoileng,+
Uena ea mphahamisang lihekeng tsa lefu,+
14 E le hore nka bolela liketso tsohle tsa hao tse lokeloang ke thoriso+
Lihekeng+ tsa morali oa Sione,+
E le hore nka ithabela polokong ea hao.+
ט [Tehth]
16 Jehova o tsejoa ka kahlolo eo a e phethisitseng.+
Ea khopo o tšoasitsoe ke mosebetsi oa matsoho a hae.+
Higaione. Selah.
י [Yohdh]
18 Etsoe hase kamehla mofutsana a tla lebaloa,+
Leha e le hore tšepo ea ba bonolo e tla timela le ka mohla.+
כ [Kaph]
19 Tsoha, Jehova! Motho ea shoang a se ke a phahama ka matla.+
Lichaba li ke li ahloloe ka pel’a sefahleho sa hao.+
ל [Lamedh]
10 Jehova, ke hobane’ng ha u ntse u emeletse hōle?+
Ke hobane’ng ha u lula u ipatile linakong tsa mahlomola?+
2 Boikhohomosong ba hae ea khopo o beha ea hlorileng merebele;+
Ba tšoasoa ke likhopolo tseo ba li nahanneng.+
3 Etsoe ea khopo o ithorisitse ka tabatabelo ea boithati ea moea oa hae,+
Le ea etsang phaello e sa lokang+ o itlhohonolofalitse;
נ [Nun]
O hlompholotse Jehova.+
4 Ho ea ka boikhohomoso ba hae, ea khopo ha a batlisise;+
Likhopolo tsohle tsa hae ke tse reng: “Molimo ha a eo.”+
5 Litsela tsa hae li lula li atleha ka nako eohle.+
Liqeto tsa hao tsa boahloli li mo phahametse;+
Ha e le bohle ba bontšang bora ho eena, oa ba soma.+
6 O itse ka pelong ea hae: “Nke ke ka therekelisoa;+
Nke ke ka ba tlokotsing ho isa molokong o mong ka mor’a o mong.”+
פ [Peʼ]
7 Molomo oa hae o tletse likano le thetso le khatello.+
Tlas’a leleme la hae ho na le khathatso le se kotsi.+
8 O lula a laletse metsaneng;
O tla bolaea ea hlokang molato a le libakeng tse patehileng.+
ע [ʽAyin]
Mahlo a hae a laletse motho ea malimabe.+
9 O lula a laletse sebakeng se patehileng joaloka tau selaong sa eona.+
O lula a laletse+ hore a nke ea hlorileng ka likhoka.
O nka ea hlorileng ka likhoka ha a hula letlooa la hae hore le koalehe.+
11 O itse ka pelong ea hae:+ “Molimo o lebetse.+
O patile sefahleho sa hae.+
Ka sebele le ka mohla a ke ke a ho bona.”+
ק [Qohph]
13 Ke hobane’ng ha ea khopo a hlompholotse Molimo?+
O itse ka pelong ea hae: “U ke ke ua batla boikarabello.”+
ר [Rehsh]
14 Etsoe u bone khathatso le matšoenyeho.
U ntse u talimile, hore u ba kenye ka letsohong la hao.+
Ea malimabe,+ moshanyana ea se nang ntate, o ipeha ho uena.
U fetohile mothusi oa hae.+
ש [Shin]
15 Roba letsoho la ea khopo le e mobe.+
E se eka u ka batla bokhopo ba hae ho fihlela u se u sa bo fumane.+
16 Jehova ke Morena ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng.+
Lichaba li timetse lefatšeng la hae.+
ת [Taw]
17 Jehova, ka sebele u tla utloa+ litakatso tsa ba bonolo.
U tla lokisa lipelo tsa bona.+
U tla sekeha tsebe,+
18 Hore u ahlole moshanyana ea se nang ntate le ea hateletsoeng,+
E le hore motho ea shoang oa lefatše a se ke a hlola a baka ho thothomela.+
Ho motsamaisi. Ea Davida.
Le ka iteta sebete joang la re ho moea oa ka:
“Balehelang thabeng ea lōna joaloka nonyana!+
2 Etsoe, bonang! ba khopo ba koba seqha,+
Ba lokisa metsu ea bona khoeleng ea seqha,
Hore ba fule ba lipelo li lokileng lefifing.+
4 Jehova o tempeleng ea hae e halalelang.+
Jehova—terone ea hae e maholimong.+
Mahlo a hae aa bona, mahlo a hae a khanyang a hlahloba+ bara ba batho.
5 Jehova o hlahloba ea lokileng hammoho le ea khopo,+
Ka sebele moea oa Hae o hloile mang kapa mang ea ratang pefo.+
6 O tla nesetsa ba khopo lifi, mollo le sebabole+
Le moea o chesang, e le karolo ea senoelo sa bona.+
7 Etsoe Jehova o lokile;+ o rata liketso tse lokileng.+
Ba lokileng ke bona ba tla bona sefahleho sa hae.+
Ho motsamaisi oa molumo oa ’mino o tlaase.+ Pina ea thoriso ea Davida.
12 U mpholose,+ Jehova, kaha ea tšepahalang o felile;+
Etsoe batho ba tšepahalang ba nyametse ho bara ba batho.
3 Jehova o tla felisa melomo eohle e qhekellang,
Leleme le buang lintho tse khōlō,+
4 Ba itseng: “Ka maleme a rōna re tla hlōla.+
Melomo ea rōna e na le rōna. Ke mang eo e tla ba mong’a rōna?”
5 “Ka lebaka la ho tlatlapuoa ha ba hlorileng, ka lebaka la ho feheloa ha mafutsana,+
Lekhetlong lena ke tla tsoha,” ho bolela Jehova.+
“Ke tla mo sireletsa ho mang kapa mang ea mo somang.”+
6 Lipolelo tsa Jehova ke lipolelo tse hloekileng,+
Joaloka silevera e hloekisitsoeng sebōping sa ho qhibilihisa se lefatšeng, e tšekiloeng ka makhetlo a supileng.
U tla boloka e mong le e mong ho tloha molokong ona ho isa nakong e sa lekanyetsoang.
Ho motsamaisi. Pina ea thoriso ea Davida.
13 Jehova, u tla ntebala halelele hakae?+ Ka ho sa feleng?+
U tla mpatela sefahleho sa hao halelele hakae?+
2 Ke tla beha khanyetso moeeng oa ka halelele hakae,
Mesarelo ka pelong ea ka motšehare?
Sera sa ka se tla phahamisoa ka holim’a ka halelele hakae?+
3 U ntalime; u nkarabe, Jehova Molimo oa ka.
U khantše mahlo a ka,+ e le hore ke se ke ka robala lefung,+
4 E le hore sera sa ka se se ke sa re: “Ke mo hlōtse!”
E le hore bahanyetsi ba ka ba se ke ba thaba kahobane ke etsoa hore ke thekesele.+
6 Ke tla binela Jehova, etsoe o sebetsane le ’na ka mokhoa o putsang.+
Ho motsamaisi. Ea Davida.
14 Ea se nang kelello o itse ka pelong ea hae:
“Jehova ha a eo.”+
Ba entse ka mokhoa o senyang,+ ba itšoere ka mokhoa o manyala mesebetsing ea bona.
Ha ho ea etsang se molemo.+
2 Ha e le Jehova, o talimile tlaase ho bara ba batho a le leholimong,+
Ho bona hore na ho na le ea nang le temohisiso, ea batlang Jehova.+
3 Kaofela+ ba khelohile, ba bolile kaofela ka ho tšoanang;+
Ha ho ea etsang se molemo,+
Esita le ea mong.+
4 Na ha ho le ea mong oa ba tloaetseng ho etsa se kotsi ea nang le tsebo,+
Ba jang batho ba ka joalokaha ba jele bohobe?+
Ebile ha baa ipiletsa ho Jehova.+
7 Hoja Sione ho ne ho e-na le poloko ea Iseraele!+
Ha Jehova a khutlisa baholehuoa ba sechaba sa hae,+
Jakobo e ke e thabe, Iseraele e nyakalle.+
Pina ea thoriso ea Davida.
15 Jehova, ke mang eo e tla ba moeti tenteng ea hao?+
Ke mang ea tla lula thabeng ea hao e halalelang?+
2 Ke ea tsamaeang ka mokhoa o se nang molato+ ’me a etsa ho loka+
Ebile a bua ’nete ka pelong ea hae.+
3 Ea sa etselletsang ka leleme la hae.+
Ea sa etsang letho le lebe ho motsoalle oa hae,+
Ho se nyeliso eo a e boletseng khahlanong le motho eo a mo tloaetseng haholo.+
4 Ka sebele mahlong a hae mang kapa mang ea eisehang oa lahloa,+
Empa o hlompha ba tšabang Jehova.+
O itlhapanyelitse se sebe, leha ho le joalo ha a fetohe.+
5 Ha aa fana ka chelete ea hae ka phaello,+
Ha aa nka tjotjo khahlanong le ea hlokang molato.+
Ea etsang lintho tsena le ka mohla a ke ke a therekelisoa.+
Miktame ea Davida.
16 Mpoloke, Molimo, etsoe ke tšabetse ho uena.+
2 Ke itse ho Jehova: “U Jehova; molemo oa ka, ha o etsetsoe uena,+
3 Empa o etsetsoa bahalaleli ba lefatšeng.
Bona, esita le ba hlomphehang, ke bao thabo eohle ea ka e leng ho bona.”+
4 Bohloko bo ba boholo ho bao, ha ho e-na le e mong, ba potlakelang ka mor’a hae.+
Nke ke ka tšolla linyehelo tsa bona tse nooang tsa mali,+
Nke ke ka beha mabitso a bona molomong oa ka.+
6 Likhoele tse lekanyang li oetse libakeng tse khahlehang bakeng sa ka.+
Ka sebele, leruo la ka e bile le khahlisang ho ’na.
8 Ke behile Jehova ka pel’a ka kamehla.+
Kahobane o letsohong la ka le letona, nke ke ka therekelisoa.+
9 Ka hona pelo ea ka ea thaba, le khanya ea ka e sekametse ho thabeng.+
Hape, nama ea ka e tla lula e sireletsehile.+
10 Etsoe u ke ke ua tlohela moea oa ka Sheole.+
U ke ke ua lumella ea tšepahalang oa hao hore a bone sekoti.+
11 U tla etsa hore ke tsebe tsela ea bophelo.+
Ho thaba ka khotsofalo ho sefahlehong sa hao;+
Ho na le thabo letsohong la hao le letona ka ho sa feleng.+
Thapelo ea Davida.
17 U utloe se lokileng, Jehova; u ele hloko mohoo oa ka oa kōpo e tiileng;+
U mamele thapelo ea ka e sa etsoang ka molomo oa thetso.+
3 U lekotse pelo ea ka, u entse tlhahlobo bosiu,+
U ntlhoekisitse; u tla fumana hore ha kea rera letho.+
Molomo oa ka u ke ke ua etsa tlōlo.+
4 Ha e le mesebetsi ea batho,
Ka lentsoe la molomo oa hao ke itebetse khahlanong le litsela tsa lesholu.+
5 Mehato ea ka e ke e hate litseleng tsa hao,+
Tseo ho tsona ka sebele mehato ea ka e ke keng ea therekelisoa.+
7 Etsa hore liketso tsa hao tsa mosa o lerato e be tse hlollang,+ Uena Mopholosi oa ba batlang setšabelo
Ho tloha ho ba fetohelang letsoho la hao le letona.+
8 Mpoloke joaloka thaka ea leihlo,+
E se eka u ka mpata moriting oa mapheo a hao,+
9 Ka lebaka la ba khopo ba ntlatlapileng.
Lira tsa moea oa ka li ntse li nteela hare.+
10 Li ikoahetse ka mafura a tsona;+
Ka melomo ea tsona li buile ka boikhohomoso;+
11 Mabapi le mehato ea rōna, joale li re lika-likelitse;+
Li tsepamisa mahlo a tsona hore li re lihele fatše.+
12 Sebōpeho sa hae ke sa tau e labalabelang ho rusolla+
Le sa taoana e lutseng libakeng tse patehileng.
13 Tsoha, Jehova; u mo tobe sefahlehong;+
Mo inamise; u pholose moea oa ka ho ea khopo ka sabole ea hao,+
14 U mpholose ho batho, ka letsoho la hao, Jehova,+
Ho batho ba tsamaiso+ ena ea lintho, bao kabelo ea bona e leng bophelong bona,+
Le bao limpa tsa bona u li tlatsang ka letlotlo la hao le patiloeng,+
Ba khotsofetseng ka bara+
Le ba bolokelang bana ba bona seo ba se sieang.+
15 Ha e le ’na, ke tla bona sefahleho sa hao+ ka ho loka;
Ke tla khotsofala ha ke tsoha ho bona sebōpeho sa hao.+
Ho motsamaisi. Ea mohlanka oa Jehova, ea Davida, ea ileng a bua le Jehova mantsoe a pina ena letsatsing leo ka lona Jehova a neng a mo lopolotse liatleng tsa lira tsohle tsa hae le letsohong la Saule.+ Eaba o re:
18 Ke tla ba le boikutlo bo mofuthu bakeng sa hao, Jehova matla a ka.+
2 Jehova ke lefika la ka le qhobosheane ea ka le Mopholosi oa ka.+
Molimo oa ka ke lefika la ka. Ke tla tšabela ho eena,+
Ke thebe ea ka le lenaka la ka la poloko, sebaka sa ka se phahameng sa tšireletso.+
4 Liropo tsa lefu li ile tsa mpota-pota;+
Meroallo e phoroselang ea batho ba se nang molemo le eona ea ’na ea ntšosa.+
6 Mahlomoleng a ka ka ’na ka ipiletsa ho Jehova,
Ka ’na ka hoeletsa ho kōpa thuso ho Molimo oa ka.+
A utloa lentsoe la ka a le tempeleng ea hae,+
Joale mohoo oa ka o kōpang thuso ka pel’a hae oa fihla litsebeng tsa hae.+
7 Lefatše la qala ho sisinyeha ’me la reketla,+
Metheo ea lithaba ea tsukutleha,+
Ea ’na ea hlokoleha kahobane o ne a halefisitsoe.+
8 Mosi oa tsoa linkong tsa hae, ’me mollo o tsoang molomong oa hae oa ’na oa chesa;+
Mashala a ne a tuka ho tsoa ho eena.
11 Joale a etsa lefifi sebaka seo a ipatang ho sona,+
Le mo pota-potile ka hohle joaloka lephephe la hae,
Metsi a lefifi, maru a teteaneng.+
12 Khanyeng e ka pel’a hae ho ne ho e-na le maru a hae a fetang,+
Sefako le mashala a tukang a mollo.+
13 Jehova a qala ho luma a le maholimong,+
Ea Phahameng ka ho Fetisisa a qala ho ntša lentsoe la hae,+
Sefako le mashala a tukang a mollo.
14 A ’na a romela metsu ea hae, e le hore a ka ba hasanya;+
A ntša mahalima, e le hore a ka ba ferekanya.+
15 Likotopo tsa metsi tsa bonahala,+
Le metheo ea naha e behang ea apoha+
Ka lebaka la khalemelo ea hao e matla, Jehova, ka lebaka la pululo ea phefumoloho ea linko tsa hao.+
17 O ne a ntopolla ho sera sa ka se matla,+
Le ho ba ntlhoileng; hobane ba ne ba le matla ho mpheta.+
22 Etsoe liqeto tsohle tsa hae tsa boahloli li ka pel’a ka,+
Nke ke ka tlosa litaelo tsa hae tse hlomamisitsoeng ho ’na.+
24 Jehova a ke a mpuseletse ho ea ka ho loka ha ka,+
Ho ea ka ho hloeka ha matsoho a ka ka pel’a mahlo a hae.+
25 Ho ea tšepahalang u tla etsa ka botšepehi;+
Ho ea se nang molato, ea shahlileng, u tla sebetsa ka mokhoa o se nang molato;+
26 Ho ea ipolokang a hloekile u tla iponahatsa u hloekile;+
Ho ea khopameng u tla iponahatsa u le mano;+
27 Hobane u tla pholosa batho ba hlorileng;+
Empa u tla kokobetsa mahlo a ikhohomosang.+
30 Ha e le Molimo oa ’nete, tsela ea hae e phethahetse;+
Polelo ea Jehova e hloekile.+
Ke thebe ho bohle ba tšabelang ho eena.+
32 Molimo oa ’nete ke Eena ea ntlamang haufi-ufi ka mafolofolo,+
O tla etsa hore tsela ea ka e be e phethahetseng,+
33 A etse hore maoto a ka a be joaloka a likhama tse tšehali,+
O mpoloka ke eme libakeng tse mphahametseng.+
35 U tla mpha thebe ea hao ea poloko,+
Letsoho la hao le letona le tla ntšehetsa,+
Boikokobetso ba hao bo tla etsa hore ke be moholo.+
36 U tla fana ka sebaka se lekaneng bakeng sa mehato ea ka ka tlas’a ka,+
Ka sebele maqaqailana a ka a ke ke a tetema.+
39 U tla ntlama ka mafolofolo bakeng sa ntoa;
U tla etsa hore ba ntsohelang matla ba oele ka tlas’a ka.+
40 Ha e le lira tsa ka, ka sebele u tla mpha likotlo tsa tsona;+
Ha e le ba ntlhoileng haholo, ke tla ba khutsisa.+
42 Ke tla ba tula hore ba thumisehe joaloka lerōle le fefoloang ke moea;+
Ke tla ba tšolla joaloka seretse sa literateng.+
43 U tla mpholosa ho batho ba tšoaeang liphoso.+
U tla mpeha hore ke be hlooho ea lichaba.+
Batho bao ke sa kang ka ba tseba—ba tla ntšebeletsa.+
48 O mpholosa ho lira tsa ka tse halefileng;+
U tla mphahamisetsa ka holim’a ba ntsohelang matla,+
U tla ntopolla ho motho ea mabifi.+
49 Ke ka lebaka leo ke tla u roka har’a lichaba, Jehova,+
Ke tla binela lebitso la hao lipina tsa thoriso.+
50 O etsetsa morena oa hae+ liketso tse khōlō tsa poloko
O bontša mosa oa hae o lerato ho motlotsuoa oa hae,+
Ho Davida le ho peō ea hae ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
Ho motsamaisi. Pina ea thoriso ea Davida.
2 Letsatsi le leng ka mor’a le leng le etsa hore puo e khaphatsehe,+
Bosiu bo bong ka mor’a bo bong bo bonahatsa tsebo.+
4 Khoele ea ’ona ea ho lekanya e kene lefatšeng lohle,+
Le lipolelo tsa ’ona ho isa pheletsong ea naha e behang.+
Ho ’ona o behile tente bakeng sa letsatsi,+
5 Le joaloka monyali ha a tsoa ka leqatheng la hae;+
Le thaba joalokaha motho ea matla a thabela ka ho fetisisa ho matha tseleng.+
6 Le tsoa pheletsong e ’ngoe ea maholimo,
Potoloho ea lona e feletseng e ea lipheletsong tse ling tsa ’ona;+
Ha ho letho le patehileng mochesong oa lona.+
7 Molao+ oa Jehova o phethahetse,+ o hlasimolla moea.+
Khopotso+ ea Jehova ea tšepahala,+ e hlalefisa ea se nang phihlelo.+
9 Ho tšaba+ Jehova ho hloekile, ho ema ka ho sa feleng.
Liqeto tsa boahloli+ tsa Jehova ke tsa ’nete;+ li lokile ka ho feletseng.+
10 Li lakatseha ho feta khauta, e, ho feta khauta e ngata e hloekisitsoeng;+
Li monate ho feta mahe a linotši+ le mahe a linotši a phallang a khekhe ea linotši.+
13 Hape u thibe mohlanka oa hao liketsong tsa ho iketelletsa pele;+
U se ke ua li tlohela hore li ntaole.+
Tabeng eo ke tla ba ea feletseng,+
Ke tla be ke lutse ke hloka molato litlōlong tse ngata.
14 Lipolelo tsa molomo oa ka le ho thuisa ha pelo ea ka+
E ke e be tse khahlisang ka pel’a hao, Jehova Lefika+ la ka le Molopolli+ oa ka.
Ho motsamaisi. Pina ea thoriso ea Davida.
20 E se eka Jehova a ka u araba letsatsing la mahlomola.+
E se eka lebitso la Molimo oa Jakobo le ka u sireletsa.+
3 E se eka a ka hopola linyehelo tsohle tsa hao tsa mpho,+
E se eka a ka amohela nyehelo ea hao ea secheso e le e nonneng.+ Selah.
5 Re tla hoeletsa ka thabo ka lebaka la poloko ea hao,+
Ka lebitso la Molimo oa rōna re tla phahamisa lifolakha tsa rōna.+
E se eka Jehova a ka phethahatsa likōpo tsohle tsa hao.+
6 Joale ke hlile kea tseba hore ka sebele Jehova o pholosa motlotsuoa oa hae.+
O mo araba a le maholimong+ a hae a halalelang
Ka liketso tse matla tse pholosang tsa letsoho la hae le letona.+
7 Ba bang ba bua ka likoloi ’me ba bang ka lipere,+
Empa, ha e le rōna, re tla bua ka lebitso la Jehova Molimo oa rōna.+
Ho motsamaisi. Pina ea thoriso ea Davida.
2 U mo file se lakatsoang ke pelo ea hae,+
Ha ua mo hanela ka se labalabeloang ke molomo oa hae.+ Selah.
3 Etsoe u ile ua mo khahlanyetsa ka litlhohonolofatso tsa se molemo,+
Ua mo roesa moqhaka oa khauta e hloekisitsoeng hloohong.+
4 O ile a kōpa bophelo ho uena. U ile ua mo fa bona,+
Bolelele ba matsatsi ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng.+
6 Etsoe u mo etsa ea hlohonolofetseng haholo ka ho sa feleng;+
U etsa hore a ikutloe a nyakaletse ka ho thaba sefahlehong sa hao.+
7 Etsoe morena o tšepa Jehova,+
Esita le mosa o lerato oa Ea Phahameng ka ho Fetisisa. A ke ke a therekelisoa.+
8 Letsoho la hao le tla fumana lira tsohle tsa hao;+
Letsoho la hao le letona le tla fumana ba u hloileng.
9 U tla ba etsa joaloka sebōpi sa mollo ka nako e behiloeng ea hore u ba ele hloko.+
Jehova o tla ba metsa bohaleng ba hae, ’me mollo o tla ba timetsa.+
12 Etsoe u tla etsa hore ba balehe+
Ka likhoele tsa hao tsa seqha tseo u li lokisang khahlanong le lifahleho tsa bona.+
13 U phahamisoe matleng a hao, Jehova.+
Re tla bina ’me re tsanyaolele bonatla ba hao lipina tsa thoriso.+
Ho motsamaisi oa Khama e Tšehali ea Mafube. Pina ea thoriso ea Davida.
22 Molimo oa ka, Molimo oa ka, u ntloheletse’ng?+
Ke hobane’ng ha u le hōle le ho mpholosa,+
U le hōle le mantsoe a ho lumaela ha ka?+
5 Ba ile ba hoeletsa ho uena,+ eaba baa pholoha;+
Ba ile ba u tšepa, ’me ha baa ka ba hlajoa ke lihlong.+
7 Ha e le bohle ba mponang, ba mphetola litšeho;+
Ba ntse ba ahlamisa melomo, ba ntse ba sisinya lihlooho:+
9 Etsoe ke Uena ea neng a nkhula ka mpeng,+
Ea neng a etsa hore ke be le tšepo ha ke ntse ke le matsoeleng a ’Mè.+
14 Ke tšolotsoe joaloka metsi,+
Masapo ’ohle a ka a arohantsoe.+
Pelo ea ka e joaloka boka ba linotši;+
E qhibilihetse tlaase lithong tsa ka tse ka hare.+
15 Matla a ka a omeletse feela joaloka lengeta,+
Le leleme la ka le khomaretsoa mareneneng a ka;+
U mpeha lerōleng la lefu.+
16 Etsoe lintja li mpota-potile;+
Phutheho ea baetsi ba bobe e nteetse hare.+
Ba matsohong a ka le maotong a ka joaloka tau.+
20 U lopolle moea oa ka saboleng,+
Oona feela oa ka ho tsoa marōng a ntja;+
U arabe ’me u mpholose linakeng tsa lipoho tse hlaha.+
23 Lōna ba tšabang Jehova, mo roriseng!+
Lōna bohle peō ea Jakobo, mo tlotliseng!+
Le mo tšabe, lōna bohle peō ea Iseraele.+
Kapa a nyonya mahloreho a ea hlorileng;+
Ha aa mo patela sefahleho sa hae,+
O ile a utloa ha a hoeletsa ho kōpa thuso ho eena.+
25 Ho tsoa ho uena thoriso ea ka e tla ba phuthehong e khōlō;+
Ke tla phetha boitlamo ba ka ka pel’a ba u tšabang.+
26 Ba bonolo ba tla ja ’me ba khore;+
Ba mo batlang ba tla rorisa Jehova.+
E se eka lipelo tsa lōna li ka phela ka ho sa feleng.+
27 Lipheletso tsohle tsa lefatše li tla hopola ’me li khutlele ho Jehova.+
Malapa ’ohle a lichaba a tla inama ka pel’a hao.+
29 Bohle ba nonneng ba lefatše ba tla ja ’me ba tla inama;+
Bohle ba theohelang lerōleng ba tla khumama ka pel’a hae,+
Ha ho eo le ka mohla a tlang ho boloka moea oa hae o phela.+
Pina ea thoriso ea Davida.
2 O nthobatsa makhulong a tletseng joang;+
O ntsamaisa haufi le libaka tsa phomolo tse noselitsoeng hantle.+
4 Esita le haeba ke tsamaea phuleng ea moriti o lefifi,+
Ha ke tšabe letho le lebe,+
Kaha u na le ’na;+
Molamu oa hao le lere la hao ke lintho tse ntšelisang.+
5 U teka tafole ka pel’a ka ka pel’a ba bontšang bora ho ’na.+
U tlotsitse hlooho ea ka ka oli;+
Senoelo sa ka se tletse.+
6 Ka sebele molemo le mosa o lerato li tla mphehella ka matsatsi ’ohle a bophelo ba ka;+
Ke tla lula ka tlung ea Jehova ka matsatsi a mangata.+
Ea Davida. Pina ea thoriso.
2 Etsoe o le thehile ka mokhoa o tiileng holim’a maoatle,+
O le boloka le tiisitsoe ka thata holim’a linōka.+
3 Ke mang ea ka nyolohelang thabeng ea Jehova,+
Ke mang ea ka phahamang sebakeng sa hae se halalelang?+
4 Mang kapa mang eo matsoho a hae a hlokang molato le eo pelo ea hae e hloekileng,+
Ea sa nkang moea oa Ka e le o se nang thuso ka ho feletseng,+
Kapa a nka kano ka thetso.+
7 “Phahamisang lihlooho, Lōna liheke,+
Le eme, Lōna menyako e tšoarellang halelele,+
E le hore Morena ea khanyang a ka kena!”+
8 “Joale, Morena eo ea khanyang ke mang?”+
“Jehova ea matla le ea nang le bonatla,+
Jehova ea matla ntoeng.”+
9 “Phahamisang lihlooho, Lōna liheke;+
E, le li phahamise, Lōna menyako e tšoarellang halelele,
E le hore Morena ea khanyang a ka kena!”+
Ea Davida.
א [ʼAleph]
25 Jehova, ke phahamisetsa moea oa ka ho uena.+
ב [Behth]
2 Molimo oa ka, ke u tšepile;+
E se eka nke ke ka hlajoa ke lihlong.
E se eka lira tsa ka li ke ke tsa thaba ka lebaka la ka.+
ג [Gimel]
3 Hape, ha ho le ea mong oa ba u tšepileng ea tla hlajoa ke lihlong.+
Ba sebetsang ka bolotsana ntle ho katleho ba tla hlajoa ke lihlong.+
ד [Daleth]
ה [Heʼ]
5 Ntsamaise ’neteng ea hao ’me u nthute,+
Etsoe u Molimo oa ka oa poloko.+
ה [Waw]
Ke tšepile uena letsatsi lohle.+
ו [Zayin]
6 Hopola mehauhelo ea hao,+ Jehova, le mosa oa hao o lerato,+
Etsoe li teng ho tloha nakong e sa lekanyetsoang.+
ח [Chehth]
7 U se ke ua hopola libe tsa bocha ba ka le bofetoheli ba ka.+
Nkhopole ho ea ka mosa oa hao o lerato,+
Ka lebaka la molemo oa hao, Jehova.+
ט [Tehth]
י [Yohdh]
9 O tla etsa hore ba bonolo ba tsamaee qetong ea hae ea boahloli,+
O tla ruta ba bonolo tsela ea hae.+
כ [Kaph]
10 Litsela tsohle tsa Jehova ke mosa o lerato le ’nete
ל [Lamedh]
מ [Mem]
נ [Nun]
ס [Samekh]
14 Kamano e haufi-ufi le Jehova ke ea ba mo tšabang,+
Le selekane sa hae, e le ho etsa hore ba se tsebe.+
ע [ʽAyin]
פ [Peʼ]
צ [Tsadheh]
ר [Rehsh]
ש [Shin]
20 U lebele moea oa ka ’me u ntopolle.+
E se eka nke ke ka hlajoa ke lihlong, etsoe ke tšabetse ho uena.+
ת [Taw]
22 Molimo, u lopolle Iseraele mahlomoleng ’ohle a eona.+
Ea Davida.
26 Nkahlole,+ Jehova, kaha ke tsamaile botšepehing ba ka,+
Ke tšepile Jehova, e le hore ke se ke ka tetema.+
6 Ke tla hlatsoa matsoho a ka ka ho hloka molato,+
Ke tla pota aletare ea hao, Jehova,+
7 E le ho etsa hore liteboho li utluoe haholo,+
Le ho bolela mesebetsi eohle ea hao e hlollang.+
9 U se ke ua tlosa moea oa ka hammoho le baetsalibe,+
Kapa bophelo ba ka hammoho le batho ba molato oa mali,+
10 Bao matsohong a bona ho nang le boitšoaro bo hlephileng,+
Le bao matsoho a bona a matona a tletseng tjotjo.+
Ea Davida.
27 Jehova ke leseli+ la ka le poloko+ ea ka.
Ke tla tšaba mang?+
Jehova ke qhobosheane ea bophelo ba ka.+
Ke tla tšoha mang?+
2 Ha baetsi ba bobe ba atamela khahlanong le ’na hore ba je nama ea ka,+
E le bahanyetsi ba ka le lira tsa ka,+
Ba ile ba khoptjoa ’me ba oa.+
3 Le hoja batho ba liahelong ba ka hloma tente khahlanong le ’na,+
Pelo ea ka e ke ke ea tšaba.+
Le hoja ntoa e ka tsoha khahlanong le ’na,+
Le nakong eo ke tla ba le tšepo.+
4 Ke kōpile ntho e le ’ngoe ho Jehova+—
Ke seo ke tla se batla,+
Hore ke lule ka tlung ea Jehova ka matsatsi ’ohle a bophelo ba ka,+
Ho bona thabo ea Jehova+
Le ho talima tempele ea hae ka kananelo.+
5 Etsoe o tla mpata sebakeng sa hae se sireletsehileng letsatsing la tlokotsi;+
O tla mpata sebakeng se ka sephiring sa tente ea hae;+
O tla mpeha holimo lefikeng.+
6 Joale hlooho ea ka e tla phahamela ka holim’a lira tsa ka tse mpota-potileng ka hohle;+
Ke tla hlaba mahlabelo a mohoo oa thabo tenteng ea hae;+
Ke tla bina ’me ke tsanyaolele Jehova lipina tsa thoriso.+
8 Pelo ea ka e itse ka uena: “Batlang ho fumana sefahleho sa ka.”+
Sefahleho sa hao, Jehova, ke tla batla ho se fumana.+
9 U se ke ua mpatela sefahleho sa hao.+
U se ke ua leleka mohlanka oa hao ka bohale.+
U tla ba thuso ea ka.+
U se ke ua mphuralla ’me u se ke ua ntlohela, Molimo oa ka oa poloko.+
12 U se ke ua nehelana ka ’na moeeng oa bahanyetsi ba ka;+
Etsoe lipaki tsa bohata li ntsohetse matla,+
Le ea fehlang pefo.+
13 Haeba ke ne ke sa ka ka ba le tumelo ha ke bona molemo oa Jehova naheng ea ba phelang+—!
Ea Davida.
28 Ke ntse ke hoeletsa ho uena, Jehova.+
Uena Lefika la ka, u se ke ua nthibela litsebe,+
E le hore u se ke ua khutsa malebana le ’na+
Ke se ke ka ba joaloka ba theohelang sekoting.+
2 Utloa lentsoe la likōpo tsa ka tse tiileng ha ke hoeletsa ho kōpa thuso ho uena,
Ha ke phahamisetsa matsoho+ a ka kamoreng e ka hare-hare ea sebaka sa hao se halalelang.+
3 U se ke ua nkhoholella hammoho le batho ba khopo le ba tloaetseng ho etsa se kotsi,+
Ba buang khotso le metsoalle+ ea bona empa ka lipelong tsa bona e le se sebe.+
4 Ba fe ho ea ka liketso tsa bona+
Le ho ea ka bobe ba liketso tsa bona.+
U ba fe ho ea ka mosebetsi oa matsoho a bona.+
U ba buseletse liketso tsa bona.+
5 Etsoe ha ba ele mesebetsi ea Jehova hloko,+
Kapa mosebetsi oa matsoho a hae.+
O tla ba qhaqha ’me a se ke a ba haha.
6 Ho bokoe Jehova, kaha o utloile lentsoe la likōpo tsa ka tse tiileng.+
7 Jehova ke matla+ a ka le thebe+ ea ka.
Pelo ea ka e mo tšepile,+
Ke thusitsoe, hoo pelo ea ka e thabileng,+
’Me ke tla mo roka ka pina ea ka.+
9 U pholose batho ba hao, ’me u hlohonolofatse lefa la hao;+
U ba lise ’me u ba jare ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
Pina ea thoriso ea Davida.
5 Lentsoe la Jehova le roba likedare;
E, Jehova o roba likedare tsa Lebanone likoto,+
6 O etsa hore li thale joaloka namane,+
Lebanone le Sirione+ joaloka manamane a matona a lipoho tse hlaha.
7 Lentsoe la Jehova le phunyeletsa ka malakabe a mollo;+
8 Lentsoe la Jehova le solopanya lefeella,+
Jehova o solopanya lefeella la Kadeshe.+
9 Lentsoe la Jehova le etsa hore likhama tse tšehali li meneke ke bohloko ba ho tsoala+
Le hlobolisa meru hore e sale e sa koaheloa ke letho.+
Ka tempeleng ea hae e mong le e mong o re: “Khanya!”+
11 Ka sebele Jehova o tla fa batho ba hae matla.+
Jehova o tla hlohonolofatsa batho ba hae ka khotso.+
Pina ea thoriso. Pina ea khakolo ea ntlo.+ Ea Davida.
30 Ke tla u phahamisa, Jehova, kaha u nkhutse+
Ha ua lumella lira tsa ka hore li thabe ka lebaka la ka.+
2 Jehova Molimo oa ka, ke ile ka hoeletsa ho uena ho kōpa thuso, ’me ua mpholisa.+
3 Jehova, u nyolotse moea oa ka Sheole;+
U mpolokile ke phela, hore ke se ke ka theohela ka sekoting.+
4 Binelang Jehova lipina tsa thoriso, Lōna ba tšepahalang ba hae,+
Lebohang sehopotso sa hae se halalelang;+
5 Hobane ho ba tlas’a bohale ba hae ke ha motsotsoana,+
Ho ba tlas’a kamohelo ea hae ke ha bophelo bohle.+
Ka shoalane ho lla ho ka ’na ha e-ba teng,+ empa hoseng ho ba le mohoo oa thabo.+
7 Jehova, ka kamohelo ea hao u entse hore thaba ea ka e eme ka matla.+
U ile ua pata sefahleho sa hao; ka ferekana.+
8 Jehova, ke ile ka ’na ka hoeletsa ho uena;+
Ka ’na ka etsa kōpo e tiileng ho Jehova bakeng sa mohau.+
11 U fetotse ho siama ha ka hore e be motjeko bakeng sa ka;+
U lokolotse lesela la ka la mokotla, ’me u mpoloka ke tlamiloe ka ho thaba,+
12 E le hore khanya ea ka e ka u binela lipina tsa thoriso ’me e se ke ea khutsa.+
Jehova Molimo oa ka, ke tla u roka ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
Ho motsamaisi. Pina ea thoriso ea Davida.
31 Ke tšabetse ho uena, Jehova.+
E se eka nke ke ka hlajoa ke lihlong.+
U mpholose ka ho loka ha hao.+
3 Etsoe u lefika la ka le qhobosheane ea ka;+
Ka lebaka la lebitso+ la hao u tla nketella pele ’me u ntsamaise.+
6 Ke hloile ba elang hloko litšoantšo tse rapeloang tse se nang thuso, tsa lefeela;+
Empa ha e le ’na, ke tšepa Jehova.+
7 Ke tla thaba ’me ke nyakalle ka lebaka la mosa oa hao o lerato,+
Ka hore ebe u bone mahloreho a ka;+
U tsebile ka mahlomola a moea oa ka,+
8 Ha ua nehelana ka ’na letsohong la sera.+
U emisitse maoto a ka sebakeng se seholo.+
9 Mpontše mohau, Jehova, etsoe ke mahlomoleng.+
Leihlo la ka le tepelelitsoe ke matšoenyeho,+ moea oa ka le mpa ea ka.+
10 Etsoe bophelo ba ka bo felisitsoe ke mesarelo,+
Le lilemo tsa ka li felisitsoe ke ho feheloa.+
Ka lebaka la phoso ea ka matla a ka a khopiloe,+
Masapo a ka a tepeletse.+
11 Ponong ea bohle ba bontšang bora ho ’na+ ke fetohile nyeliso,+
Ho baahelani ba ka ke fetohile nyeliso e khōlō,+
Le ntho e tšosang ho ba ntloaetseng.+
Ha ba mpona ka ntle, ba mpalehile.+
12 Joaloka motho ea shoeleng le ea sieo ka pelong, ke lebetsoe;+
Ke fetohile ea joaloka sejana se senyehileng;+
13 Etsoe ke utloile tlaleho e mpe ka ba bangata,+
Tšabo e le ka mahlakoreng ’ohle.+
Ha ba khobokana hammoho e le ntho e le ’ngoe khahlanong le ’na,+
Ba rera ho tlosa moea oa ka.+
17 Jehova, e se eka nke ke ka hlajoa ke lihlong, etsoe ke ipilelitse ho uena.+
E se eka ba khopo ba ka hlajoa ke lihlong;+
E se eka ba ka khutsa Sheole.+
18 E se eka melomo ea bohata e ka hloka puo,+
E buang khahlanong le ea lokileng,+ ka ho hloka boithibo ka boikhohomoso le nyeliso.+
19 Molemo oa hao o mongata hakaakang,+ oo u o boloketseng ba u tšabang!+
Oo u o fileng ba tšabelang ho uena,
Ka pel’a bara ba batho.+
20 U tla ba pata sebakeng sa hao se ka sephiring+
U ba patele batho ba kopaneng hammoho.+
Ka lephepheng la hao u tla ba patela maleme a qabanang.+
22 Ha e le ’na, ke ile ka re ha ke tšohile:+
“Ka sebele ke tla felisoa ka pel’a mahlo a hao.”+
Ka sebele u utloile lentsoe la likōpo tsa ka tse tiileng ha ke hoeletsa ho uena ho kōpa thuso.+
23 Ratang Jehova, lōna bohle ba tšepahalang ba hae.+
Jehova o sireletsa ba tšepahalang,+
Empa o putsa ka mokhoa o fetisisang mang kapa mang ea bonahatsang boikhohomoso.+
Ea Davida. Maskile.
32 Ho thaba eo bofetoheli ba hae bo tšoaretsoeng, eo sebe sa hae se koahetsoeng.+
2 Ho thaba motho eo Jehova a sa kenyeng phoso tlalehong ea hae,+
Le eo moeeng oa hae ho se nang thetso.+
3 Ha ke ne ke khutsitse masapo a ka a ile a khathala ka lebaka la ho bobola ha ka letsatsi lohle.+
4 Etsoe bosiu le motšehare letsoho la hao le ne le le boima holim’a ka.+
Mongobo oa bophelo ba ka o fetotsoe joaloka mochesong o bataolang oa lehlabula.+ Selah.
5 Qetellong ka bolela sebe sa ka ho uena, ’me phoso ea ka ha kea ka ka e koahela.+
Ke ile ka re: “Ke tla ipolela ho Jehova ka lebaka la litlōlo tsa ka.”+
Ua tšoarela phoso ea libe tsa ka.+ Selah.
6 Ka lebaka lena e mong le e mong ea tšepahalang o tla u rapela+
Ka nako eo u ka fumanoang+ ka eona feela.
Ha e le moroallo oa metsi a mangata, o ke ke oa mo ama.+
7 U sebaka seo ke ipatang ho sona; u tla ntšireletsa mahlomoleng.+
U tla mpota-pota ka mehoo ea thabo ea ho pholosa.+ Selah.
8 “Ke tla etsa hore u be le temohisiso ’me ke u rupele ka tsela eo u lokelang ho tsamaea ka eona.+
Ke tla u fa keletso leihlo la ka le le holim’a hao.+
9 Le se ke la iketsa ba joaloka pere kapa ’moulo o se nang kutloisiso,+
Oo morōlō oa oona o lokelang ho thijoa ka tōmo kapa lehaletere+
Pele o ka atamela ho lōna.”+
10 Ea khopo o na le mahlaba a mangata;+
Empa ha e le ea tšepang Jehova, mosa o lerato oa mo lika-liketsa.+
11 Ithabeleng ho Jehova ’me le nyakalle, lōna ba lokileng;+
Hoeletsang ka thabo, lōna bohle ba lipelo li lokileng.+
Etsang se molemo ka ho fetisisa ha le letsa liletsa tse likhoele ka mohoo oa thabo.+
6 Maholimo a ile a etsoa ka lentsoe la Jehova,+
Makhotla ’ohle a ’ona a etsoa ka moea oa molomo oa hae.+
11 Morero oa Jehova o tla ema ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
Menahano ea pelo ea hae e teng ho isa molokong o mong ka mor’a o mong.+
16 Ha ho morena ea pholosoang ke bongata ba mabotho a sesole;+
Motho ea matla ha a lopolloe ke matla a maholo.+
18 Bonang! Leihlo la Jehova le ho ba mo tšabang,+
Ho ba letetseng mosa oa hae o lerato,+
19 Hore a lopolle meea ea bona lefung,+
Le ho ba boloka ba phela tlaleng.+
Ea Davida, nakong ea ha a ikhakanya hore eke ha aa hlaphoheloa kelellong+ ka pel’a Abimeleke, hoo a ileng a mo leleka, eaba oa tsamaea.
א [ʼAleph]
ב [Behth]
ג [Gimel]
ד [Daleth]
ה [Heʼ]
ז [Zayin]
ח [Chehth]
ט [Tehth]
י [Yohdh]
כ [Kaph]
10 Litaoana tse moetse li fumane ho honyenyane ’me li lapile;+
Empa ha e le ba batlang Jehova, ba ke ke ba haelloa ke letho le molemo.+
ל [Lamedh]
מ [Mem]
נ [Nun]
ס [Samekh]
ע [ʽAyin]
פ [Peʼ]
צ [Tsadheh]
ק [Qohph]
ר [Rehsh]
ש [Shin]
ת [Taw]
22 Jehova o lopolla meea ea bahlanka ba hae;+
Ha ho le ea mong oa ba tšabelang ho eena ea tla nkoa a le molato.+
Ea Davida.
2 Tšoara thebe e nyenyane le thebe e khōlō,+
U eme hore u nthuse,+
3 U tsomule lerumo le selepe se rathang ka nģa tse peli ho khahlanyetsa ba ntelekisang.+
E-re ho moea oa ka: “Ke ’na poloko ea hao.”+
4 E se eka ba tsomang moea oa ka ba ka hlajoa ke lihlong ’me ba kokobetsoe.+
E se eka ba ntherelang tlokotsi ba ka khutlisoa ’me ba soaba.+
6 Tsela ea bona e ke e fetohe lefifi le libaka tse thellang,+
Lengeloi la Jehova le ke le ba lelekise.
7 Etsoe ntle ho lebaka ba mpatetse sekoti sa bona se koahetsoeng ka letlooa;+
Ba se cheketse moea oa ka ntle ho lebaka.+
8 Tšenyeho e ke e mo oele holimo a sa tsebe,+
Letlooa la hae leo a le patileng le ke le mo tšoase;+
A oele ka ho sona ’me a timele.+
10 Masapo ’ohle a ka a ke a re:+
“Jehova, ke mang ea joaloka uena,+
Ea lopollang ea hlorileng ho ea matla ho mo feta,+
Le ea lopollang ea hlorileng le ea futsanehileng ho ea mo tlatlapang?”+
13 Ha e le ’na, ha li kula, liaparo tsa ka e ne e le lesela la mokotla,+
Ke ile ka hlorisa moea oa ka ka ho itima lijo,+
Thapelo ea ka e ne e khutlela sefubeng sa ka.+
14 Joalokaha eka ke bakeng sa motsoalle, joalokaha eka ke bakeng sa mor’eso,+
Ke ile ka tsamaea joaloka ea siamelang ’m’ae.+
Ke ile ka inama ke hlomohile.
15 Empa li ile tsa thaba ’me tsa bokana ka lebaka la ho hlotsa ha ka;+
Tsa bokana khahlanong le ’na,+
Tsa nkotla le hoja ke ne ke sa tsebe;+
Li ile tsa ntsekolla likoto ’me tsa se ke tsa khutsa.+
17 Jehova, u tla ’ne u ho bone halelele hakae?+
Khutlisa moea oa ka thipitlong ea bona,+
Oo e leng oona feela oa ka+ litaoaneng tse moetse.
19 E se eka bao e leng lira tsa ka ntle ho lebaka ba ke ke ba thaba ka lebaka la ka;+
Ha e le ba ntlhoileng ntle ho lebaka, ba se ke ba roba leihlo.+
Empa ba ntse ba rera lintho tsa thetso
Khahlanong le ba khutsitseng ba lefatše.+
24 Nkahlole ho ea ka ho loka ha hao, Jehova Molimo oa ka,+
E se eka ba ke ke ba thaba ka lebaka la ka.+
25 E se eka ba ke ke ba re ka lipelong tsa bona: “Eke! meea ea rōna!”+
E se eka ba ke ke ba re: “Re mo metsitse.”+
26 Ba thabelang tlokotsi ea ka+
Ba ke ba hlajoe ke lihlong ’me ba soabe hammoho.+
Ba ikhohomosetsang ’na+ ba ke ba apare lihlong+ le ho kokobetsoa.
27 Ba thabelang ho loka ha ka ba hoeletse ka thabo ’me ba nyakalle,+
Ba re kamehla:+
“Jehova a ke a tlotlisoe, ea thabelang khotso ea mohlanka oa hae.”+
28 Leleme la ka le bolele ho loka ha hao ka lentsoe le tlaase,+
Le bolele thoriso ea hao letsatsi lohle.+
Ho motsamaisi. Ea mohlanka oa Jehova, Davida.
2 Etsoe o itšoere ka mokhoa o qhekellang haholo mahlong a hae+
Hoo a sa fumaneng phoso ea hae e le hore a e hloee.+
6 Ho loka ha hao ho joaloka lithaba tsa Molimo;+
Qeto ea hao ea boahloli ke boliba bo boholo.+
Jehova, u pholosa motho le phoofolo.+
7 Mosa oa hao o lerato ke oa bohlokoa hakaakang, Molimo!+
Bara ba batho ba tšabela moriting oa mapheo a hao.+
8 Ba noa hore ba be ba kholoe mononong oa ntlo ea hao;+
U etsa hore ba noe molapong o phoroselang oa monyaka oa hao.+
11 E se eka leoto la boikhohomoso le ke ke la tla khahlanong le ’na;+
Ha e le matsoho a batho ba khopo, a se ke a nketsa moleleri.+
Ea Davida.
א [ʼAleph]
37 U se ke ua iponahatsa u halefile ka lebaka la baetsi ba bobe.+
U se ke ua honohela ba etsang ho sa lokang.+
ב [Behth]
ג [Gimel]
ד [Daleth]
U mo letele ka tlholohelo.+
U se ke ua iponahatsa u halefetse mang kapa mang ea atlehisang tsela ea hae,+
U halefetse motho ea phethang likhopolo tsa hae.+
ה [Heʼ]
ו [Waw]
10 Ho setse nakoana e seng kae, ’me ea khopo ha a sa tla hlola a e-ba teng;+
Ka sebele u tla lebisa tlhokomelo sebakeng sa hae, ’me o tla be a le sieo.+
11 Empa ba bonolo ba tla rua lefatše,+
Ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.+
ז [Zayin]
ח [Chehth]
14 Ba khopo ba tsomutse lisabole ’me ba kobile liqha tsa bona,+
Ho liha ea hlorileng le ea futsanehileng,+
Ho bolaea bao litsela tsa bona li lokileng.+
ט [Tehth]
י [Yohdh]
18 Jehova o hlokomela matsatsi a ba se nang molato,+
Lefa la bona le tla tsoela pele esita le ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
כ [Kaph]
ל [Lamedh]
22 Etsoe bao a ntseng a ba hlohonolofatsa ba tla rua lefatše,+
Empa bao a ba rohakang ba tla felisoa.+
מ [Mem]
נ [Nun]
25 Nkile ka ba mohlankana, ke se ke tsofetse,+
Leha ho le joalo ha ke e-s’o bone mang kapa mang ea lokileng a tloheloa ka ho feletseng,+
Kapa bana ba hae ba batla bohobe.+
ס [Samekh]
A ke ke a tlohela ba tšepahalang ba hae.+
ע [ʽAyin]
Ka sebele ba tla lebeloa+ ho isa nakong e sa lekanyetsoang;
Empa ha e le bana ba ba khopo, ba tla felisoa.+
פ [Peʼ]
צ [Tsadheh]
33 Ha e le Jehova, a ke ke a mo tlohela letsohong la hae,+
A ke ke a phatlalatsa hore o khopo ha a ahloloa.+
ק [Qohph]
34 Tšepa Jehova ’me u boloke tsela ea hae,+
O tla u phahamisa hore u rue lefatše.+
Ha ba khopo ba felisoa, u tla ho bona.+
ר [Rehsh]
ש [Shin]
37 Sheba ea sa tšoauoeng phoso ’me u talime ea lokileng,+
Etsoe bokamoso ba motho eo bo tla ba le khotso.+
ת [Taw]
40 Jehova o tla ba thusa ’me a ba pholose.+
O tla ba pholosa ho batho ba khopo ’me a ba boloke,+
Hobane ba tšabetse ho eena.+
Pina ea thoriso ea Davida, bakeng sa khopotso.
3 Ha ho karolo e phelang hantle nameng ea ka ka lebaka la nyatso ea hao.+
Ha ho khotso masapong a ka ka lebaka la sebe sa ka.+
8 Ke feletsoe ke matla ’me ke sithabetse ho isa tekanyong e fetisisang;
Ke lumaetse ka lebaka la ho bobola ha pelo ea ka.+
10 Pelo ea ka e otlile ka matla, matla a ka a tlohile ho ’na,
Leseli la mahlo a ka le lona ha le eo ho ’na.+
11 Ha e le ba nthatang le metsoalle ea ka, ba emella hōle le lefu la ka,+
Batho bao ke ba tloaetseng haholo ba emeletse hōjana.+
12 Empa ba batlang moea oa ka ba cheha lifi,+
Ba mpakelang tlokotsi ba buile ka litsietsi,+
Hape ba ntse ba honotha ka thetso letsatsi lohle.+
13 Ha e le ’na, joaloka ea sa utloeng litsebeng, ke ne ke sa mamele;+
Joaloka motho ea sa khoneng ho bua, ke ne ke sa ahlamise molomo.+
14 Ke ile ka ba joaloka motho ea neng a sa utloe,
Molomong oa ka ho ne ho se na likhanyetso.
16 Etsoe ke ile ka re: “Ho seng joalo ba ne ba tla thaba ka lebaka la ka;+
Ha leoto la ka le therekela,+ ka sebele ba ne ba tla ikhohomosetsa ’na.”+
20 Ba ne ba mputsa ka bobe bakeng sa botle;+
Ba ’na ba nkhanyetsa e le puseletso bakeng sa ho phehella ha ka se molemo.+
Ho motsamaisi oa Jeduthune.+ Pina ea thoriso ea Davida.
39 Ke ile ka re: “Ke tla lebela litsela tsa ka+
E le hore ke pheme ho etsa sebe ka leleme la ka.+
Ke tla beha ntho e tlamang molomo e le molebeli molomong oa ka,+
Hafeela ea khopo a le ka pel’a ka.”+
2 Ke ile ka fetoha ea sa khoneng ho bua, ka khutsa;+
Ka khutsa ho se molemo,+
Ho utloa ha ka bohloko ho ne ho khetholloa.
3 Pelo ea ka e ile ea chesa ka hare ho ’na;+
Nakong ea ho feheloa ha ka mollo oa ’na oa tuka.
Ke ile ka bua ka leleme la ka:
4 “Jehova, u etse hore ke tsebe bofelo ba ka,+
Le tekanyo ea matsatsi a ka—hore na ke eng,+
E le hore nka tseba kamoo ke phelang nako e khutšoanyane kateng.+
5 Bona! U entse hore matsatsi a ka e be a seng makae feela;+
Nako ea bophelo ba ka e joaloka lefeela ka pel’a hao.+
Ka sebele motho e mong le e mong oa lefatše, le hoja a eme a tiile, hase letho haese pululo.+ Selah.
6 Ruri motho o tsamaea joaloka seriti.+
Ka sebele ke ha lefeela ba leng morusu.+
Motho o bokella lintho ’me ha a tsebe hore na ke mang ea tla li phutha.+
11 U khalemetse motho ka likhalemelo khahlanong le phoso,+
U felisa lintho tsa hae tse lakatsehang feela joalokaha tšoèlè+ e etsa.
Ka sebele motho e mong le e mong oa lefatše ke pululo.+ Selah.
12 U utloe thapelo ea ka, Jehova,
U mamele mohoo oa ka o kōpang thuso.+
U se ke ua khutsetsa meokho ea ka.+
Etsoe ha ke letho haese mojaki ho uena,+
Mojaki joaloka baholo-holo bohle ba ka.+
Ho motsamaisi. Ea Davida, pina ea thoriso.
40 Ke ne ke tšepile Jehova ka tieo,+
Kahoo a ntšekehela tsebe ’me a utloa mohoo oa ka o kōpang thuso.+
2 A boela a ’nyolla ka sekoting sa metsi a hoasang,+
Tebetebeng ea seretse.+
Joale a phahamisetsa maoto a ka holim’a lefika;+
A tiisa mehato ea ka ka thata.+
3 Ho ekelletsa moo, a kenya pina e ncha molomong oa ka,
Thoriso e eang ho Molimo oa rōna.+
Ba bangata ba tla ho bona ’me ba tla tšoha,+
Ba tla tšepa Jehova.+
4 Ho thaba monna ea shahlileng ea behileng Jehova e le tšepo ea hae+
Le ea sa retelletsang sefahleho sa hae ho batho ba hanyetsang,
Kapa ba khelohelang mashanong.+
Jehova Molimo oa ka, esita le mesebetsi ea hao e hlollang le menahano ea hao ho rōna;+
Ha ho le ea mong ea ka bapisoang le uena.+
Ha ke ne nka batla ho e bolela le ho bua ka eona,
E mengata ho feta kamoo nka e phetang.+
6 Ha ua ka ua thabela sehlabelo le nyehelo;+
U ile ua bula litsebe tsena tsa ka.+
Ha ua ka ua kōpa nyehelo ea secheso le nyehelo ea sebe.+
8 Ke thabetse ho etsa thato ea hao, Molimo oa ka,+
Molao oa hao o ka har’a litho tsa ka tse ka hare.+
9 Ke boletse litaba tse molemo tsa ho loka phuthehong e khōlō.+
Bona! Ha ke thibe molomo oa ka.+
Jehova, u tseba seo hantle.+
10 Ho loka ha hao ha kea ho pata ka har’a pelo ea ka.+
Ke boletse botšepehi ba hao le poloko ea hao.+
Ha kea pata mosa oa hao o lerato le ’nete ea hao phuthehong e khōlō.”+
11 Jehova, u se ke ua nthibela khauho ea hao.+
Mosa oa hao o lerato le ’nete ea hao e ke e ntšireletse kamehla.+
12 Etsoe litlokotsi li ile tsa mpota-pota ho fihlela li se na palo.+
Liphoso tsa ka tse ngata li ile tsa mphihlela ho feta kamoo ke neng nka khona ho bona;+
Li bile ngata haholo ho feta moriri oa hlooho ea ka,+
Pelo ea ka ea ntlohela.+
14 E se eka ba batlang moea oa ka hore ba o felise+
Ba ka hlajoa ke lihlong ’me ba soabe kaofela hammoho.+
E se eka ba thabelang tlokotsi ea ka ba ka khutlela morao ’me ba kokobetsoe.+
16 Ba ke ba thabe ’me ba nyakalle ka lebaka la hao,+
Bohle ba u batlang.+
Ba ke ba re kamehla: “E se eka Jehova a ka tlotlisoa,”+
Ba ratang poloko ea hao.+
17 Empa ke hlorile ’me ke futsanehile.+
Jehova o nkela hloko.+
U thuso ea ka le Mopholosi oa ka.+
Molimo oa ka, u se ke ua lieha haholo.+
Ho motsamaisi. Pina ea thoriso ea Davida.
41 Ho thaba mang kapa mang ea nahanelang motho ea tlaase;+
Jehova o tla mo pholosa letsatsing la tlokotsi.+
2 Jehova o tla mo lebela ’me a mo boloke a phela.+
Ho tla phatlalatsoa hore o thabile lefatšeng;+
U ke ke ua nehelana ka eena ho moea oa lira tsa hae.+
3 Jehova o tla mo tšehetsa holim’a setulo sa hae se kang moalo sa ho kula;+
Ka sebele u tla fetola liphate tsohle tsa hae nakong ea boloetse ba hae.+
5 Ha e le lira tsa ka, li bua se sebe malebana le ’na:+
“O tla shoa neng ’me lebitso la hae le hle le timele?”
6 Haeba motho a tlil’o mpona, pelo ea hae e tla bua leshano;+
O tla ipokellela ntho e kotsi;
O tla tsoa; o tla bua ka hona ka ntle.+
7 Bohle ba ntlhoileng ba hoesheletsana ba kopane khahlanong le ’na;+
Ba ntse ba ntherela ho hong ho hobe:+
11 Ke tseba ka sena hore u khahliloe ke ’na,
Hobane sera sa ka ha se hooe ka tlhōlo ka lebaka la ka.+
12 Ha e le ’na, u ntšehelitse ka lebaka la botšepehi ba ka,+
U tla mpeha ka pel’a sefahleho sa hao ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
13 Ho bokoe Jehova Molimo oa Iseraele+
Ho tloha nakong e sa lekanyetsoang esita le ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
Amen le Amen.+
BUKA EA BOBELI
Ho motsamaisi. Maskile bakeng sa bara ba Kora.+
42 Joaloka khama e tšehali e hlolohetsoeng melapo ea metsi,
Ka ho tšoanang moea oa ka o hlolohetsoe uena, Molimo.+
2 Moea oa ka o nyoretsoe Molimo,+ o nyoretsoe Molimo ea phelang.+
Ke tla tla neng ’me ke hlahe ka pel’a Molimo?+
3 Ho ’na meokho ea ka e fetohile lijo bosiu le motšehare,+
Ha ba ntse ba re ho ’na letsatsi lohle: “Molimo oa hao o hokae?”+
4 Ke tla hopola lintho tsena, ’me ke tla tšolla moea oa ka ka hare ho ’na.+
Etsoe ke ne ke feta hammoho le letšoele,
Ke ne ke tsamaea butle ka pel’a lona ho ea ntlong ea Molimo,+
Ka lentsoe la mohoo oa thabo le liteboho,+
La letšoele le entseng mokete.+
5 Uena moea oa ka, ke hobane’ng ha u feletsoe ke tšepo,+
Ke hobane’ng ha u le morusu ka hare ho ’na?+
Letela Molimo,+
Etsoe ke sa ntse ke tla mo roka joaloka poloko ea ka e khōlō.+
6 Molimo oa ka, moea oa ka o feletsoe ke tšepo ka hare ho ’na.+
Ke ka lebaka leo ke u hopolang,+
Ho tsoa naheng ea Jordane le litlhōrōng tsa Hermone,+
Ho tsoa thabeng e nyenyane.+
7 Boliba bo bong bo hoeletsa bo bong
Ha ho utloahala molumo oa liphororo tsa hao.
Metsi ’ohle a hao a loebehlanang le maqhubu a hao+—
A fetile holim’a ka.+
8 Jehova o tla laela mosa oa hae o lerato motšehare,+
Pina ea hae e tla ba le ’na bosiu;+
Ho tla ba le thapelo e eang ho Molimo oa bophelo ba ka.+
9 Ke tla re ho Molimo lefika la ka:+
“U ntebaletse’ng?+
Ke hobane’ng ha ke tsamaea ke hlomohile ka lebaka la khatello ea sera?”+
10 Ba bontšang bora ho ’na ba ’nyelisitse ka ho bolaea masapo a ka,+
Ha ba ntse ba re ho ’na letsatsi lohle: “Molimo oa hao o hokae?”+
11 Uena moea oa ka, ke hobane’ng ha u feletsoe ke tšepo,+
Ke hobane’ng ha u le morusu ka hare ho ’na?+
Letela Molimo,+
Etsoe ke sa ntse ke tla mo roka joaloka poloko ea ka e khōlō le joaloka Molimo oa ka.+
U tsamaise nyeoe+ ea ka khahlanong le sechaba se sa tšepahaleng.
E se eka u ka mpholosa ho motho ea thetsang le ea sa lokang.+
2 Etsoe u Molimo oa qhobosheane ea ka.+
U ntahletse’ng?
Ke hobane’ng ha ke tsamaea ke hlomohile ka lebaka la khatello ea sera?+
3 Romela leseli la hao le ’nete ea hao.+
E se eka li ka ntsamaisa.+
E se eka li ka ntlisa thabeng ea hao e halalelang le tabernakeleng ea hao e khōlō.+
4 Ke tla tla aletareng ea Molimo,+
Ho Molimo, thabo ea ka e fetisisang.+
Ke tla u roka ka harepa, Molimo, Molimo oa ka.+
5 Uena moea oa ka, ke hobane’ng ha u feletsoe ke tšepo,+
Ke hobane’ng ha u le morusu ka hare ho ’na?
Letela Molimo,+
Etsoe ke sa ntse ke tla mo roka joaloka poloko ea ka e khōlō le joaloka Molimo oa ka.+
Ho motsamaisi. Ea bara ba Kora.+ Maskile.
44 Molimo, re utloile ka litsebe tsa rōna,
Baholo-holo ba rōna ba re phetetse+
Mosebetsi oo u ileng ua o etsa matsatsing a bona,+
Matsatsing a khale.+
2 U ile ua leleka lichaba ka letsoho la hao,+
Ho e-na le tsona ua hloma bona.+
Ua felisa lihlopha tsa lichaba le ho li leleka.+
3 Etsoe ha baa ka ba rua naha ka lisabole tsa bona,+
Matsoho a bona hase ’ona a ileng a ba tlisetsa poloko.+
Etsoe ke letsoho la hao le letona le seatla+ sa hao le leseli la sefahleho sa hao,
Kahobane u ile ua khahlisoa ke bona.+
5 Ka uena re tla sututsa bahanyetsi ba rōna;+
Ka lebitso la hao re tla hatakela ba re tsohelang matla.+
8 Re tla fana ka thoriso ho Molimo letsatsi lohle,+
Re tla roka lebitso la hao ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ Selah.
13 U re beha joaloka nyeliso ho baahelani ba rōna,+
Litšeho le sesomo ho ba re pota-potileng ka hohle.+
14 U re beha joaloka polelo ea maele har’a lichaba,+
Joaloka ntho e sisinyetsoang hlooho har’a lihlopha tsa lichaba.+
15 Letsatsi lohle ho kokobetsoa ha ka ho ka pel’a ka,
Lihlong tsa sefahleho sa ka li nkoahetse,+
16 Ka lebaka la lentsoe la ea nyelisang le ea nyefolang,
Ka lebaka la sera le ea iphetetsang.+
17 Sena sohle ke se re oetseng holimo, ’me ha rea u lebala,+
Ha rea etsa ka bolotsana selekaneng sa hao.+
18 Lipelo tsa rōna ha lia reteleha ka ho hloka tumelo,+
Leha e le hore mehato ea rōna e kheloha tseleng ea hao.+
20 Haeba re lebetse lebitso la Molimo oa rōna,
Kapa re otlolletse liatla tsa rōna ho molimo osele,+
21 Na Molimo a ke ke a batlisisa see?+
Etsoe o hlokomela liphiri tsa pelo.+
23 Tsoha. Ke hobane’ng ha u ntse u robetse, Jehova?+
Falimeha. U se ke ua tsoela pele u re lahla ka ho sa feleng.+
24 Ke hobane’ng ha u boloka sefahleho sa hao se patehile?
Ke hobane’ng ha u lebala mahloreho a rōna le khatello ea rōna?+
Ho motsamaisi malebana le Likhahla. Ea bara ba Kora. Maskile. Pina ea basali ba ratoang.
45 Pelo ea ka ea tlōla-tlōla ka lebaka la taba e khahlisang.+
Ke re: “Mesebetsi ea ka e malebana le morena.”+
E se eka leleme la ka e ka ba pene+ ea mokopitsi ea nang le tsebo.+
2 Ka sebele u motle ho feta bara ba batho.+
Khahleho e tšolletsoe holim’a molomo oa hao.+
Ke ka lebaka leo Molimo a u hlohonolofalitseng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
3 Tlama sabole+ ea hao seropeng, Uena ea matla,+
Hammoho le ho hlompheha ha hao le bokhabane ba hao.+
4 Ka bokhabane ba hao u tsoele pele ho atleha;+
Palama molemong oa ’nete le boikokobetso le ho loka,+
Letsoho la hao le letona le tla u rupela ka lintho tse tšabehang.+
6 Molimo ke terone ea hao ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng;+
Lere la borena ba hao ke lere la borena la ho loka.+
7 U ratile ho loka+ ’me u hloile bokhopo.+
Ke ka lebaka leo Molimo, Molimo oa hao,+ a u tlotsitseng+ ka oli ea thabo e khaphatsehang+ ho feta balekane ba hao.+
8 Liaparo tsohle tsa hao ke myra le lekhala le kasia;+
Ho tsoa ntlong e khōlō ea ’muso ea lenaka la tlou+ liletsa tse likhoele li u thabisitse.
9 Barali+ ba marena ba har’a basali ba hao ba bohlokoa.
Mofumahali+ o eme ka letsohong la hao le letona ka khauta ea Ofire.+
14 O tla tlisoa ho morena ka seaparo se lohiloeng.+
Baroetsana ba mokolokong oa hae e le metsoalle ea hae ba ntse ba tlisoa ho uena.+
15 Ba tla tlisoa ka thabo le nyakallo;
Ba tla kena ka tlung ea ’muso ea morena.
16 Bara+ ba hao ba tla ba sebakeng sa baholo-holo+ ba hao,
Bao u tlang ho ba beha e le likhosana lefatšeng lohle.+
17 Ke tla bolela lebitso la hao ho pholletsa le meloko eohle e tlang.+
Ke ka lebaka leo lichaba li tla u roka ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng.
Ho motsamaisi. Ea bara ba Kora+ malebana le Baroetsana. Pina.
2 Ke ka lebaka leo re ke keng ra tšaba, le hoja lefatše le fetoha+
Le hoja lithaba li sisinyeha ho kena ka har’a leoatle le leholo;+
3 Le hoja metsi a lona a loebehlana, a etsa makoeba,+
Le hoja lithaba li reketla ha le e-ba moferefere.+ Selah.
4 Ho na le nōka eo melapo ea eona e thabisang motse oa Molimo,+
Tabernakele e khōlō e halalelang ka ho fetisisa ea Ea Phahameng ka ho Fetisisa.+
6 Lichaba li ile tsa e-ba morusu,+ mebuso ea sisinyeha;
O ile a ntša molumo ka lentsoe la hae, lefatše la qala ho qhibiliha.+
7 Jehova oa mabotho o na le rōna;+
Molimo oa Jakobo ke sebaka se phahameng sa tšireletso bakeng sa rōna.+ Selah.
9 O felisa lintoa ho isa pheletsong ea lefatše.+
O roba seqha ’me o robakanya lerumo;+
O chesa likoloi mollong.+
10 “Ineheleng, ’me le tsebe hore ke ’na Molimo.+
Ke tla phahamisoa har’a lichaba,+
Ke tla phahamisoa lefatšeng.”+
11 Jehova oa mabotho o na le rōna;+
Molimo oa Jakobo ke sebaka se phahameng sa tšireletso bakeng sa rōna.+ Selah.
Ho motsamaisi. Ea bara ba Kora. Pina ea thoriso.
6 Binelang Molimo lipina tsa thoriso, le bine lipina tsa thoriso.+
Binelang Morena oa rōna lipina tsa thoriso, le bine lipina tsa thoriso.
9 Bahlomphehi ba lichaba ba bokane,+
Hammoho le batho ba Molimo oa Abrahama.+
Etsoe lithebe tsa lefatše ke tsa Molimo.+
O phahame haholo bophahamong ba hae.+
Pina. Pina ea thoriso ea bara ba Kora.+
2 Thaba ea Sione mahlakoreng a ka thōko a leboea,+
Motse oa Morena e Moholo,+
E ntle ka bophahamo, ke thabo e khaphatsehang ea lefatše lohle.+
3 Litoreng tsa hae tsa bolulo Molimo o tsebahala e le sebaka se phahameng sa tšireletso.+
7 U soahlamanya likepe tsa Tarshishe ka moea oa bochabela.+
8 Feela joalokaha re utloile, ka ho tšoanang re bone+
Motseng oa Jehova oa mabotho, motseng oa Molimo oa rōna.+
Molimo o tla o tiisa ka thata ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ Selah.
10 Joaloka lebitso la hao,+ Molimo, ka ho tšoanang thoriso ea hao e joalo
Ho isa meeling ea lefatše.
Letsoho la hao le letona le tletse ho loka.+
11 E se eka Thaba ea Sione+ e ka thaba,
E se eka metse e itšetlehileng ka Juda e ka nyakalla,+ ka lebaka la liqeto tsa hao tsa boahloli.+
13 Behang lipelo tsa lōna ho ’mōtōmōtō oa eona.+
Hlahlobang litora tsa eona tsa bolulo,
E le hore le ka ho pheta molokong oa ka moso.+
14 Etsoe Molimo enoa ke Molimo oa rōna ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng.+
O tla re tataisa ho fihlela re shoa.+
Ho motsamaisi. Ea bara ba Kora.+ Pina ea thoriso.
49 Utloang sena, lōna lichaba tsohle.
Mamelang, lōna baahi bohle ba tsamaiso ea lintho,+
2 Lōna bara ba moloko oa batho hammoho le lōna bara ba batho,
Uena ea ruileng hammoho le uena ea futsanehileng.+
5 Ke hobane’ng ha ke lokela ho tšoha matsatsing a bobe,+
Ha liphoso tsa ba nkang sebaka sa ka li mpota-potile?+
6 Ba tšepileng seo ba iphelisang ka sona,+
Le ba ntseng ba ithorisa ka maruo a bona a mangata,+
7 Ha ho le ea mong oa bona eo ka mokhoa leha e le ofe a ka lopollang esita le mor’abo,+
Kapa a fa Molimo thekollo bakeng sa hae;
8 (Tefo ea topollo ea moea oa bona ke ea bohlokoa haholo+
Hoo e leng sieo ho isa nakong e sa lekanyetsoang)
9 E le hore a ka ’na a phela ka ho sa feleng ’me a se ke a bona sekoti.+
10 Etsoe oa bona hore esita le ba bohlale baa shoa,+
Ea hlokang kelello le ea sa nahaneng ba timela hammoho,+
Ba tla siela ba bang seo ba iphelisang ka sona.+
11 Takatso ea bona e ka hare ke hore matlo a bona a be teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+
Litabernakele tsa bona li be teng ho isa molokong o mong ka mor’a o mong.+
Ba reheletse masimo a bona ka mabitso a bona.+
12 Leha ho le joalo motho oa lefatše, le hoja a hlompheha, a ke ke a lula a le teng;+
Ka sebele a ka bapisoa le liphoofolo tse timelitsoeng.+
13 Ena ke tsela ea ba hlokang kelello,+
Le ea ba ba setseng morao ba khahlisoang ke lipuo tsa bona. Selah.
14 Joaloka linku ba behetsoe ho ea Sheole;+
Lefu le tla ba lisa;+
Hoseng ba lokileng ba tla ba laola,+
Libōpeho tsa bona li loketse ho senyeha;+
Sheole ke ea e mong le e mong ho e-na le sebaka sa bolulo se phahameng.+
15 Leha ho le joalo, Molimo o tla lopolla moea oa ka letsohong la Sheole,+
Etsoe o tla nkamohela. Selah.
16 U se ke ua tšoha kahobane monna e mong a fumana maruo,+
Kahobane khanya ea ntlo ea hae e eketseha,+
17 Etsoe lefung la hae ho hang a ke ke a nka letho;+
Khanya ea hae e ke ke ea theoha le eena.+
18 Kaha ha a sa ntse a phela o ile a ’na a hlohonolofatsa moea oa hae;+
(Batho ba tla u roka kahobane ua ipabola)+
19 Moea oa hae qetellong o fihla feela molokong oa baholo-holo ba hae.+
Ha ba sa tla hlola ba bona leseli.+
20 Motho oa lefatše ea sa utloisiseng, le hoja a hlompheha,+
Ka sebele a ka bapisoa le liphoofolo tse timelitsoeng.+
Pina ea thoriso ea Asafe.+
50 Ea Nang le Bomolimo,+ Molimo, Jehova,+ o buile,+
O bitsa lefatše,+
Ho tloha ha letsatsi le chaba ho fihlela ha le likela.+
2 A le Sione, e phethahetseng ka botle,+ Molimo o bonahalitse khanya.+
3 Molimo oa rōna o tla tla ’me ho ke ke ha khoneha hore a khutse.+
Ka pel’a hae mollo oa timetsa,+
Ho mo pota-pota ka hohle ho bile le boemo ba leholimo ba sefefo se fetisisang.+
7 “Le mamele, Lōna sechaba sa ka, ’me ke tla bua,+
Lōna Baiseraele, ’me ke tla paka khahlanong le lōna.+
Ke ’na Molimo, Molimo oa lōna.+
8 Ha ke le khalemelle mahlabelo a lōna,+
Kapa linyehelo tsa lōna tse feletseng tsa secheso tse ka pel’a ka kamehla.+
10 Etsoe phoofolo e ’ngoe le e ’ngoe e hlaha ea moru ke ea ka,+
Liphoofolo tse holim’a lithaba tse sekete.+
11 Ke tseba hantle sebōpuoa se seng le se seng se nang le mapheo sa lithaba,+
Le mehlape ea liphoofolo tsa naha e sabaletseng e na le ’na.+
12 Haeba ke ne ke lapile, ke ne nke ke ka le bolella;
14 Fanang ka liteboho e le sehlabelo sa lōna ho Molimo,+
Le phethe boitlamo ba lōna ho Ea Phahameng ka ho Fetisisa;+
15 Le mpitse letsatsing la mahlomola.+
Ke tla le pholosa, ’me le tla ntlotlisa.”+
16 Empa Molimo o tla lokela ho re ho ea khopo:+
“U na le tokelo efe ea ho lokolisa melao ea ka ea tsamaiso,+
Le hore u ka beha selekane sa ka molomong oa hao?+
21 U entse lintho tsena, ’me ka ’na ka khutsa.+
U ile ua nahana hore ka sebele ke tla ba joaloka uena.+
Ke tlil’o u khalemela,+ ’me ke tla lokisa lintho ka pel’a mahlo a hao.+
22 Ka kōpo, utloisisang sena, lōna ba lebalang Molimo,+
E le hore ke se ke ka le rusolla ho se molopolli leha e le ofe.+
23 Ea fanang ka liteboho e le sehlabelo sa hae ke eena ea ntlotlisang;+
Ha e le ea ipolokang tseleng e behiloeng,
Ke tla etsa hore a bone poloko ea Molimo.”+
Ho motsamaisi. Pina ea thoriso ea Davida. Ha moprofeta Nathane a tla ho eena ka mor’a hore a kopanele liphate le Bathe-sheba.+
51 Mpontše mohau, Molimo, ho ea ka mosa oa hao o lerato.+
Hlakola litlōlo tsa ka ho ea ka bongata ba mehauhelo ea hao.+
4 Ke sitetsoe uena,+ uena u le mong,
Ke entse se sebe mahlong a hao,+
E le hore u ka ba ea lokileng ha u bua,+
Hore u se ke ua ba le molato ha u ahlola.+
6 Bona! U khahliloe ke ’nete lithong tse ka hare;+
Bothong bo ka sephiring e se eka u ka etsa hore ke tsebe bohlale bo fetisisang.+
7 E se eka u ka ntlhoekisa sebeng ka hysopa, e le hore nka hloeka;+
E se eka u ka ntlhatsoa, e le hore nka soeufala esita le ho feta lehloa.+
8 E se eka u ka etsa hore ke utloe thabo e khaphatsehang le nyakallo,+
E le hore masapo ao u a silakantseng a ka thaba.+
12 U busetse ho ’na thabo e khaphatsehang ea poloko ea hao,+
E se eka u ka ntšehetsa esita le ka moea o ratang.+
14 Ntopolle molatong oa mali,+ Molimo, Molimo oa poloko ea ka,+
E le hore leleme la ka le ka bolela ka thabo ho loka ha hao.+
16 Etsoe ha u khahloe ke sehlabelo—ho seng joalo ke ne ke tla nehelana ka sona;+
Ha u khahlisoe ke nyehelo e feletseng ea secheso.+
17 Mahlabelo a eang ho Molimo ke moea o robehileng;+
Molimo, u ke ke ua nyelisa pelo e robehileng le e sithabetseng.+
19 Tabeng eo u tla thabisoa ke mahlabelo a ho loka,+
Ke sehlabelo sa secheso le nyehelo e feletseng;+
Tabeng eo lipoho li tla nyeheloa hona aletareng ea hao.+
Ho motsamaisi. Maskile. Ea Davida, ha Doege Moedomo a tla ’me a bua le Saule ’me a mo bolella hore Davida o ne a tlile ntlong ea Akimeleke.+
52 Ke hobane’ng ha u ithorisa ka se sebe, Uena ea matla?+
Mosa o lerato oa Molimo o teng letsatsi lohle.+
5 Molimo le eena o tla u heletsa ka ho sa feleng;+
O tla u tabanya fatše ’me a u tlose tenteng ea hao,+
Ka sebele o tla u ntša ka metso naheng ea ba phelang.+ Selah.
7 Ke enoa monna ea shahlileng ea sa etseng Molimo qhobosheane ea hae,+
Empa a tšepa maruo a hae a mangata,+
Ea itšireletsang litsietsing tse bakoang ke eena.+
8 Empa ke tla ba joaloka sefate sa mohloaare se behang haholo+ ka tlung ea Molimo;
Ke tšepa mosa o lerato oa Molimo ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng.+
9 Ke tla u roka ho isa nakong e sa lekanyetsoang, kaha u nkile bohato;+
Ke tla tšepa lebitso la hao, hobane le molemo, ka pel’a ba tšepahalang ba hao.+
Ho motsamaisi malebana le Mahalathe.+ Maskile. Ea Davida.
53 Ea se nang kelello o itse ka pelong ea hae:
“Jehova ha a eo.”+
Ba entse ka mokhoa o senyang ’me ba itšoere ka mokhoa o manyala ka ho se loke;+
Ha ho le ea mong ea etsang se molemo.+
2 Ha e le Molimo, o talimile tlaase ho bara ba batho a le leholimong,+
Ho bona hore na ho na le ea nang le temohisiso, ea batlang Jehova.+
3 Kaofela ha bona ba khelohile, kaofela ba bolile ka mokhoa o tšoanang;+
Ha ho ea etsang se molemo,+
Esita le ea mong.
4 Na ha ho le ea mong oa ba tloaetseng ho etsa se kotsi ea nang le tsebo,+
Ba jang batho ba ka joalokaha ba jele bohobe?+
Ebile ha baa ipiletsa ho Jehova.+
5 Moo ba ile ba tlala tšabo e khōlō,+
Moo ho neng ho se na tšabo;+
Etsoe ka sebele Molimo o tla hasanya masapo a mang kapa mang ea hlomang liahelo khahlanong le uena.+
Ka sebele u tla ba hlabisa lihlong, kaha Jehova o ba lahlile.+
6 Hoja Sione ho ne ho e-na le poloko e khōlō ea Iseraele!+
Ha Jehova a khutlisa baholehuoa ba sechaba sa hae,+
Jakobo e ke e thabe, Iseraele e nyakalle.+
Ho motsamaisi oa liletsa tse likhoele. Maskile. Ea Davida. Ha Bazife ba tla ’me ba re ho Saule: “Na Davida ha aa ipata ho rōna?”+
3 Etsoe basele ba ntsohetse matla,
Le bahatelli ba batlang moea oa ka.+
Ha baa beha Molimo ka pel’a bona.+ Selah.
Ho motsamaisi oa liletsa tse likhoele. Maskile. Ea Davida.
2 U nkele hloko ’me u nkarabe.+
Ke khannoa ka ho hloka phomolo ke ho tšoenyeha ha ka,+
Ke bontša ho khathatseha feela,
3 Ka lebaka la lentsoe la sera, ka lebaka la khatello ea ea khopo.+
Etsoe ba ntse ba akhela se kotsi holim’a ka,+
Ka bohale ba nkoetlela lehloeo.+
7 Bonang! Ke ne ke tla balehela hōle;+
Ke ne ke tla lula lefeelleng.+—Selah—
8 Ke ne ke tla potlakela sebakeng sa ka sa ho pholoha
Moeeng o fokang ka sekhahla, sefefong se matla.”+
12 Etsoe hase sera se ’nyelisitseng;+
Ho seng joalo ke ne ke tla ho mamella.
Hase ea ntlhoileng haholo ea ikhohomosetsang ’na;+
Ho seng joalo ke ne ke tla ipatela eena.+
13 Empa ke uena, motho ea shoang ea neng a le joaloka ea lekanang le ’na,+
Eo ke mo tloaetseng le motsoalle oa ka,+
14 Kahobane re ne re thabela kamano e haufi-ufi e thabisang hammoho;+
Re ne re tsamaea le letšoele ho kena ka tlung ea Molimo.+
15 Tšenyeho e be holim’a bona!+
Ba ke ba theohele Sheole ba phela;+
Etsoe nakong ea ho lula ha bona ka bojaki lintho tse mpe li ’nile tsa e-ba ka hare ho bona.+
17 Mantsiboea le hoseng le motšehare ke bontša ho tšoenyeha feela le ho lla,+
O utloa lentsoe la ka.+
18 Ka sebele o tla lopolla le ho beha moea oa ka khotsong ntoeng e khahlanong le ’na,+
Kaha ba mphutuhetse ka matšoele.+
19 Molimo o tla utloa ’me a ba arabe,+
Eena ea lutseng teroneng joaloka nakong e fetileng+—Selah—
Bao ho bona ho se nang liphetoho+
Le ba sa kang ba tšaba Molimo.+
20 O otlolotse matsoho a hae khahlanong le ba lutseng ka khotso le eena;+
O silafalitse selekane sa hae.+
21 Mantsoe a molomo oa hae a boreleli ho feta sereleli,+
Empa pelo ea hae e sekametse ntoeng.+
Mantsoe a hae a bonolo ho feta oli,+
Empa ke lisabole tse tsomutsoeng.+
22 Lahlela moroalo oa hao ho Jehova,+
O tla u tšehetsa.+
Le ka mohla a ke ke a lumella ea lokileng hore a therekele.+
23 Empa uena, Molimo, u tla ba theolela sekoting se tlaase-tlaase.+
Ha e le batho ba nang le molato oa mali le ba thetsang, ba ke ke ba phela halofo ea matsatsi a bona.+
Empa ha e le ’na, ke tla u tšepa.+
Ho motsamaisi malebana le Leeba le Khutsitseng har’a ba hōle. Ea Davida. Miktame. Ha Bafilista ba mo tšoara Gathe.+
56 Mpontše mohau, Molimo, hobane motho ea shoang o nkomantse.+
A loana letsatsi lohle, o ntse a nkhatella.+
2 Lira tsa ka li ’nile tsa omana letsatsi lohle,+
Etsoe ho na le ba bangata ba ntoantšang ka ho iphahamisa.+
3 Letsatsing lefe kapa lefe leo ke tšohang ka lona, ke tla tšepa uena.+
4 Ke le bonngoeng le Molimo ke tla rorisa lentsoe la hae.+
Ke tšepile Molimo; nke ke ka tšoha.+
Motho a ka nketsa’ng?+
5 Letsatsi lohle ba ntse ba sitisa litaba tsa ka;
Menahano eohle ea bona e khahlanong le ’na bakeng sa bobe.+
9 Ka nako eo lira tsa ka li tla khutlela morao, letsatsing leo ka lona ke hooang;+
Sena ke se tseba hantle, hore Molimo o na le ’na.+
10 Ke le bonngoeng le Molimo+ ke tla rorisa lentsoe la hae;
Ke le bonngoeng le Jehova ke tla rorisa lentsoe la hae.+
13 Etsoe u lopolotse moea oa ka lefung+—
Na ha ua lopolla maoto a ka ho khoptjoeng?+—
E le hore nka tsamaea ka pel’a Molimo leseling la ba phelang.+
Ho motsamaisi. “U se ke ua senya.” Ea Davida. Miktame. Ha a baleha ka lebaka la Saule, a kena ka lehaheng.+
57 Mpontše mohau, Molimo, u mpontše mohau,+
Etsoe moea oa ka o tšabetse ho uena;+
Ke tšabela moriting oa mapheo a hao ho fihlela litsietsi li feta.+
2 Ke hoeletsa ho Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa, ho Molimo oa ’nete ea ba felisang ka lebaka la ka.+
3 O tla romeletsa a le leholimong ’me a mpholose.+
Ka sebele o tla ferekanya ea nkomanyang.+ Selah.
Molimo o tla romela mosa oa hae o lerato le ’nete ea hae.+
Nke ke ka etsa letho haese ho robala har’a ba harolang, bara ba batho,
Bao meno a bona e leng marumo le metsu,+
Le bao maleme a bona e leng sabole e bohale.+
6 Ba lokisitse letlooa bakeng sa mehato ea ka;+
Moea oa ka o iname.+
Ba chekile lemena ka pel’a ka;
Ba oetse ka har’a lona.+ Selah.
Ke tla tsosa mafube.
9 Ke tla u roka har’a lichaba, Jehova;+
Ke tla u binela lipina tsa thoriso har’a lihlopha tsa lichaba.+
10 Etsoe mosa oa hao o lerato o moholo ho ea fihla maholimong,+
Le ’nete ea hao e khōlō ho ea fihla maholimong.+
Ho motsamaisi. “U se ke ua senya.” Ea Davida. Miktame.
58 Ho khutseng ha lōna na ka sebele le ka bua ka ho loka?+
Na le ka ahlola ka ho loka, Lōna bara ba batho?+
2 Ho e-na le hoo, ka lipelo le etsa ho se loke ho totobetseng hakaakang lefatšeng,+
Le ho lokisa tsela bakeng sa pefo ea matsoho a lōna!+
3 Ba khopo ba ’nile ba kheloha ba sa le ka pōpelong;+
Ba ’nile ba lelera ba sa le ka mpeng ho ea pele;
Ba bua mashano.+
4 Mahloko a bona a joaloka mahloko a noha,+
Ba ithiba litsebe joaloka masumu ea ithibang litsebe,+
5 Ea sa mameleng mantsoe a baupelli ba hae,+
Le hoja e mong ea bohlale a betsa ka mantsoe a boloi.+
6 Molimo, u ba khenole meno ka mahanong a bona.+
Roba masapo a mehlahare ea litaoana tse moetse, Jehova.
7 E se eka ba ka qhibiliha joalokaha eka ke ka metsing a ikelang ka tsela ea ’ona;+
E se eka a ka koba seqha bakeng sa metsu ea hae ha ba oa.+
8 O tsamaea joaloka khofu e nyamelang;
Ka sebele ba ke ke ba bona letsatsi joaloka mpa e senyehileng ea mosali.+
9 Pele lipitsa tsa hao li utloa monokotšoai o hotelitsoeng,+
Limela tse tala tse phelang hammoho le ho cha, o tla li nka joaloka moea oa sefefo.+
10 Ea lokileng o tla thaba kahobane o bone phetetso.+
O tla hlatsoa mehato ea hae maling a ea khopo.+
11 Moloko oa batho o tla re:+ “Ka sebele ho na le litholoana bakeng sa ea lokileng.+
Ka sebele ho na le Molimo ea ahlolang lefatšeng.”+
Ho motsamaisi. “U se ke ua senya.” Ea Davida. Miktame. Ha Saule a romelelitse hore a bolaoe, ’me ba ntse ba lebetse ntlo.+
3 Etsoe, bona! ba laletse moea oa ka;+
Ba matla baa ntlhasela,+
Ho se bofetoheli ho ’na, kapa sebe sefe kapa sefe ho ’na, Jehova.+
5 Jehova Molimo oa mabotho, u Molimo oa Iseraele.+
U tsohe hore u lebise tlhokomelo ea hao lichabeng tsohle.+
U se ke ua bontša mohau ho mahlabaphio leha e le afe a kotsi.+ Selah.
7 Bona! Ba bua ba sa khaotse ka melomo ea bona;+
Lisabole li melomong ea bona,+
Etsoe ke mang ea mametseng?+
9 Uena Matla a ka, ke tla lula ke u talimile;+
Etsoe Molimo ke sebaka sa ka se phahameng sa tšireletso.+
10 Molimo oa mosa o lerato ho ’na o tla nkhahlanyetsa;+
Molimo o tla etsa hore ke talime lira tsa ka.+
11 U se ke ua li bolaea, e le hore batho ba heso ba se ke ba lebala.+
Ka mafolofolo a hao u etse hore li lelere,+
U li theole, Uena thebe ea rōna Jehova,+
12 Ka lebaka la sebe sa melomo ea tsona, lentsoe la melomo ea tsona;+
E se eka li ka tšoaseha boikakasong ba tsona,+
Esita le ka lebaka la thohako le thetso eo li itlhakisetsang eona.
Li felise, e le hore li se ke tsa e-ba teng;
E se eka li ka tseba hore Molimo o busa Jakobo ho isa lipheletsong tsa lefatše.+ Selah.
16 Empa ha e le ’na, ke tla bina ka matla a hao,+
Hoseng ka thabo ke tla bolela mosa oa hao o lerato.+
Etsoe u bile sebaka se phahameng sa tšireletso ho ’na+
Le sebaka seo ke balehelang ho sona letsatsing la mahlomola a ka.+
17 Uena Matla a ka, ke tla u binela lipina tsa thoriso,+
Etsoe Molimo ke sebaka sa ka se phahameng sa tšireletso, Molimo oa mosa o lerato ho ’na.+
Ho motsamaisi malebana le Khahla ea Khopotso. Miktame. Ea Davida. Bakeng sa ho ruta.+ Ha a loana le Arame-naharaime le Arame-Zoba, ’me Joabe a qala ho khutla ’me a bolaea Edomo Phuleng ea Letsoai, esita le ba likete tse leshome le metso e ’meli.+
3 U entse hore batho ba hao ba bone tsietsi.+
U re noesitse veine e etsang hore re tsamaee re thekesela.+
6 Molimo o buile khalalelong ea hae:+
“Ke tla thaba, ke tla fana ka Shikeme e le kabelo;+
Ke tla lekanya khohlo ea Sukothe.+
7 Gileade ke ea ka le Manase ke ea ka,+
Efraime ke qhobosheane ea motho oa ka ea ka sehloohong;
Juda ke lere la ka la molaoli.+
8 Moabe ke pitsa eo ke hlatsoetsang ho eona.+
Ke tla lahlela moqathatso oa ka holim’a Edomo.+
Ke tla hooa ka tlhōlo holim’a Filistia.”+
9 Ke mang ea tla ntlisa motseng o lika-likelitsoeng?+
Ke mang eo ka sebele a tla ntsamaisa ho ea fihla Edomo?+
Ho motsamaisi oa liletsa tse likhoele. Ea Davida.
2 Ke tla hoeletsa ho uena ho tloha pheletsong ea lefatše, ha pelo ea ka e tepella.+
E se eka u ka nkisa lefikeng le mphahametseng.+
4 Ke tla ba moeti tenteng ea hao ho isa linakong tse sa lekanyetsoang;+
Ke tla tšabela tšireletsong ea mapheo a hao.+ Selah.
6 U tla eketsa matsatsi matsatsing a morena;+
Lilemo tsa hae li tla ba joaloka moloko o mong ka mor’a o mong.+
7 O tla lula ho isa nakong e sa lekanyetsoang ka pel’a Molimo;+
U abele mosa o lerato le ’nete, hore li mo sireletse.+
8 Kahoo ke tla binela lebitso la hao lipina tsa thoriso ka ho sa feleng,+
E le hore nka phetha boitlamo ba ka letsatsi le letsatsi.+
Ho motsamaisi oa Jeduthune. Pina ea thoriso ea Davida.
2 Ka sebele ke eena lefika la ka le poloko ea ka, sebaka sa ka se phahameng sa tšireletso;+
Nke ke ka therekelisoa haholo.+
3 Le tla tsoela pele ka ho tlala pherekano halelele hakae khahlanong le motho eo le tlang ho mo bolaea?+
Kaofela ha lōna le tšoana le lerako le sekameng, lerako la majoe le ntseng le sutumetsoa.+
4 Ka sebele ba fana ka keletso e le hore ba ka hoka-hoka motho ho mo tlosa seriti;+
Ba khahlisoa ke leshano.+
Ka melomo ea bona baa hlohonolofatsa, empa ka hare ho bona baa rohaka.+ Selah.
6 Ka sebele ke eena lefika la ka le poloko ea ka, sebaka sa ka se phahameng sa tšireletso;+
Nke ke ka therekelisoa.+
8 Mo tšepeng ka linako tsohle.+
Tšollelang lipelo tsa lōna ka pel’a hae.+
Molimo ke setšabelo sa rōna.+ Selah.
9 Ka sebele bara ba motho oa lefatše ke pululo,+
Bara ba moloko oa batho ke leshano.+
Ha ba behoa sekaleng kaofela ha bona hammoho ba bobebe ho feta pululo.+
10 Le se ke la tšepa bolotsana,+
Kapa la ikakasa tlatlapong e totobetseng.+
Haeba mokhoa oa ho iphelisa o ka atleha, le se ke la beha lipelo tsa lōna ho oona.+
12 Le mosa o lerato ke oa hao, Jehova,+
Etsoe u buseletsa e mong le e mong ho ea ka mosebetsi oa hae.+
Pina ea thoriso ea Davida, ha a ne a le lefeelleng la Juda.+
63 Molimo, u Molimo oa ka, ke lula ke u batla.+
Moea oa ka o u nyoretsoe.+
Nama ea ka e tepelelitsoe ke ho u hloloheloa
Naheng e omeletseng le e phophothehileng, moo ho se nang metsi.+
5 Moea oa ka o khotsofetse, joalokaha eka o khotsofalitsoe ke karolo e ntlehali, esita le ke monono,+
Molomo oa ka o fana ka thoriso ka molomo oa mehoo ea thabo.+
9 Ha e le ba ntseng ba batla moea oa ka hore o timele,+
Ba tla kena likarolong tse tlaase-tlaase tsa lefatše.+
11 Morena o tla ithabela ho Molimo.+
E mong le e mong ea hlapanyang ka eena o tla ithorisa,+
Etsoe melomo ea ba buang leshano e tla koaloa.+
Ho motsamaisi. Pina ea thoriso ea Davida.
64 Molimo, utloa lentsoe la ka ha ke tšoenyehile.+
E se eka u ka sireletsa bophelo ba ka ho sera se tšabehang.+
2 E se eka u ka mpatela lekunutu la baetsi ba bobe,+
Ua mpatela morusu oa ba tloaetseng ho etsa se kotsi,+
3 Ba leolitseng maleme a bona feela joaloka sabole,+
Ba korotseng ka motsu oa bona, puo e sehlōhō,+
4 Hore ba fule ea sa tšoauoeng phoso ba le libakeng tse patehileng.+
Ka tšohanyetso baa mo fula ’me ha ba tšabe.+
6 Ba ntse ba phenya lintho tse sa lokang;+
Ba patile morero oa bolotsana o bohlale o hlahlobisisitsoeng,+
Setho se ka hare sa e mong le e mong, pelo ea hae, se tebile.+
7 Empa Molimo o tla ba fula ka motsu ka tšohanyetso.+
Ba tsoile maqeba,+
8 Ba etsa hore motho a khoptjoe.+
Empa maleme a bona a khahlanong le bona.+
Bohle ba ba talimang ba tla sisinya lihlooho,+
9 Batho bohle ba lefatše ba tla tšoha;+
Ba tla bolela mosebetsi oa Molimo,+
Ka sebele ba tla ba le temohisiso mosebetsing oa hae.+
10 Ea lokileng o tla ithabela ho Jehova ’me o tla tšabela ho eena;+
Bohle ba lipelo li lokileng ba tla ithorisa.+
Ho motsamaisi. Pina ea thoriso ea Davida. Pina.
2 Uena Ea Utloang thapelo, batho ba nama eohle ba tla tla ho uena.+
4 Ho thaba eo u mo khethang le ho etsa hore a atamele,+
E le hore a ka lula mabaleng a hao.+
Ka sebele re tla khotsofalla molemo oa ntlo ea hao,+
Sebaka se halalelang sa tempele ea hao.+
5 U tla re araba ka ho loka ka lintho tse tšabehang,+
Uena Molimo oa poloko ea rōna,+
Tšepo ea meeli eohle ea lefatše le ba leng hōle leoatleng.+
8 Baahi ba lipheletsong ba tla tšaba lipontšo tsa hao;+
U etsa hore ho hlaha ha meso le shoalane ho hoeletse ka thabo.+
9 U lebisitse tlhokomelo ea hao lefatšeng, e le hore u ka le fa nala;+
U le entša haholo.
Molapo o tsoang ho Molimo o tletse metsi.+
U lokisetsa lijo-thollo tsa bona,+
Etsoe ke tsela eo u lokisang lefatše ka eona.+
10 Litsela tsa lona tsa mehoma lia tlala, makote a lona aa batalatsoa;+
U le nolofatsa ka lipula tsa melupe; u hlohonolofatsa mahlōmela a lona.+
Ho motsamaisi. Pina, pina ea thoriso.
66 Hooang ka tlhōlo ho Molimo, lōna batho bohle ba lefatše.+
2 Binelang khanya ea lebitso la hae lipina tsa thoriso.+
Etsang hore thoriso ea hae e be e khanyang.+
3 E-reng ho Molimo: “Mesebetsi ea hao e tšabeha hakaakang!+
Ka lebaka la bongata ba matla a hao lira tsa hao li tla ikokobeletsa uena.+
4 Batho bohle ba lefatše ba tla u inamela,+
Ba tla u binela lipina tsa thoriso, ba tla binela lebitso la hao lipina tsa thoriso.”+ Selah.
6 O fetotse leoatle naha e omileng;+
Ba tšetse nōkeng ka maoto.+
Moo re ile ra qala ho ithabela ho eena.+
7 O busa ka matla a hae ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
Mahlo a hae a lula a lebetse lichaba.+
Ha e le ba manganga, ba se ke ba iphahamisa.+ Selah.
12 U palamisitse motho ea shoang lihloohong tsa rōna;+
Re fetile mollong le metsing,+
Ua re tlisa phomolong.+
13 Ke tla kena ka tlung ea hao ka linyehelo tse feletseng tsa secheso;+
Ke tla phetha boitlamo ba ka ho uena+
14 Boo molomo oa ka o ileng oa ahlama ho bo bolela+
Le boo molomo oa ka o bo buileng ha ke le mahlomoleng.+
15 Ke tla nyehela ho uena linyehelo tse feletseng tsa secheso tsa liphoofotsoana tse nontšitsoeng,+
Ka mosi oa sehlabelo oa lipheleu.
Ke tla fana ka poho le liphooko.+ Selah.
16 Tloong, le mamele, lōna bohle ba tšabang Molimo, ’me ke tla pheta+
Seo a se etselitseng moea oa ka.+
Ho motsamaisi oa liletsa tse likhoele. Pina ea thoriso, pina.
67 Molimo o tla re bontša mohau ’me a re hlohonolofatse;+
O tla khantšetsa sefahleho sa hae holim’a rōna+—Selah—
2 E le hore tsela ea hao e ka tsejoa lefatšeng,+
Poloko ea hao e tsejoe esita le har’a lichaba tsohle.+
4 Lihlopha tsa lichaba li ke li thabe ’me li hoeletse ka thabo,+
Etsoe u tla ahlola lichaba ka ho loka;+
Ha e le lihlopha tsa lichaba, u tla li tsamaisa lefatšeng. Selah.
6 Ka sebele lefatše le tla fana ka lihlahisoa tsa lona;+
Molimo, Molimo oa rōna, o tla re hlohonolofatsa.+
Ho motsamaisi. Ea Davida. Pina ea thoriso, pina.
68 Molimo a ke a tsohe,+ lira tsa hae li ke li hasane,+
Ba mo hloileng haholo ba balehe ka lebaka la hae.+
2 Joalokaha mosi o fokela hōle, e se eka u ka ba leleka;+
Joalokaha boka ba linotši bo qhibiliha ka lebaka la mollo,+
Ba khopo ba ke ba timele ka pel’a Molimo.+
3 Empa ha e le ba lokileng, ba ke ba thabe,+
Ba ke ba nyakalle ka pel’a Molimo,+
Ba thabe ka ho fetisisa ka nyakallo.+
4 Binelang Molimo, le binele lebitso la hae lipina tsa thoriso;+
Binelang Ea kallang ho pholletsa le lithota tsa mahoatata lipina+
E le Jah, e leng lebitso la hae;+ le thabe ka pel’a hae;
5 Molimo ke ntat’a bashanyana ba se nang bo-ntate ’me ke moahloli oa bahlolohali+
Sebakeng sa hae sa bolulo se halalelang.+
6 Molimo o etsa hore batho ba metoaitoai ba lule ka tlung;+
O atlehisa batšoaruoa ka ho feletseng.+
Leha ho le joalo, ha e le ba manganga, ba lokela ho lula naheng e omeletseng.+
7 Molimo, ha u tloha ka pel’a batho ba hao,+
Ha u tsamaea ho pholletsa le lehoatata+—Selah—
Leholimo le lona la rotha ka lebaka la Molimo;+
Sinai ena ea reketla ka lebaka la Molimo,+ Molimo oa Iseraele.+
9 Molimo, u ile ua qala ho nesa pula ea litloebelele;+
Lefa la hao, esita leha le ne le tepeletse—u ile ua boela ua le matlafatsa.+
10 Motse oa hao oa litente+—ba lutse ho oona;+
Ka molemo oa hao u ile ua o lokisetsa ea hlorileng, Uena Molimo.+
12 Esita le marena a mabotho aa baleha, aa baleha.+
Ha e le mosali ea lulang hae, o kopanela thepeng e hapuoeng.+
13 Le hoja le ne le ntse le robetse pakeng tsa lithotobolo tsa liahelo,
Ho tla ba le mapheo a leeba a koahetsoeng ka silevera
Le masiba a lona a koahetsoeng ka khauta e botala bo bosehla.+
15 Sebaka se lithaba sa Bashane+ ke thaba ea Molimo;+
Sebaka se lithaba sa Bashane ke thaba ea litlhōrō.+
16 Lōna lithaba tsa litlhōrō, ke hobane’ng ha le ntse le talima ka mohono
Thaba eo Molimo a lakalitseng ho itulela ho eona?+
Jehova o tla lula moo ka ho sa feleng.+
17 Likoloi tsa ntoa tsa Molimo ke tse mashome a likete, ke tse likete-kete.+
Jehova o tlohile Sinai ho kena sebakeng se halalelang.+
U nkile baholehuoa;+
U nkile limpho tseo e leng banna,+
E, esita le ba manganga,+ hore ba lule har’a bona,+ Uena Jah Molimo.
19 Ho bokoe Jehova, eo letsatsi le leng le le leng a re jarelang mojaro,+
Molimo oa ’nete oa poloko ea rōna.+ Selah.
21 Molimo o tla pshatla lihlooho tsa lira tsa hae,+
A pshatle hlooho e nang le moriri ea mang kapa mang ea tsamaeang molatong oa hae.+
22 Jehova o itse: “Ke tla ba khutlisa Bashane,+
Ke tla ba khutlisa botebong ba leoatle,+
23 E le hore u ka hlatsoa leoto la hao maling,+
E le hore maleme a lintja tsa hao a ka ba le kabelo ho lira.”+
24 Ba bone mekoloko ea hao, Molimo,+
Mekoloko ea Molimo oa ka, Morena oa ka, ha a kena sebakeng se halalelang.+
25 Libini li ile tsa tsamaea ka pele, ba letsang liletsa tse likhoele ba le ka mor’a tsona;+
Lipakeng e ne e le baroetsana ba letsang meropa e menyenyane.+
27 Ho na le Benjamine e monyenyane ea li busang,+
Likhosana tsa Juda hammoho le bongata ba tsona bo hooang,
Likhosana tsa Zabulone, likhosana tsa Nefthali.+
28 Molimo oa hao o laetse matla a hao.+
U bontše matla, Molimo, uena ea nkileng bohato bakeng sa rōna.+
30 Khalemela ka matla sebata sa mahlaka,+ phutheho ea lipoho,+
Hammoho le manamane a lichaba, e ’ngoe le e ’ngoe e hatakela likotoana tsa silevera.+
O hasantse lichaba tse khahloang ke lintoa.+
31 Lintho tsa bronze li tla tsoa Egepeta;+
Ka potlako Kushe e tla otlolla matsoho a eona ka limpho tse eang ho Molimo.+
32 Lōna mebuso ea lefatše, le binele Molimo,+
Le binele Jehova lipina tsa thoriso—Selah—
33 Ea kallang leholimo la maholimo a boholo-holo.+
Utloang! O ntša molumo ka lentsoe la hae, lentsoe le matla.+
35 Molimo oa tšabeha sehalalelong sa hao se seholo.+
Ke eena Molimo oa Iseraele, ea fang batho matla, esita le bonatla.+
Ho bokoe Molimo.+
Ho motsamaisi malebana le Likhahla.+ Ea Davida.
69 Mpholose, Molimo, kaha metsi a fihlile moeeng.+
2 Ke tetebetse seretseng se tebileng, moo ho se nang sebaka sa ho ema.+
Ke kene metsing a tebileng,
Molapo o phallang o nkhohotse.+
3 Ke khathalitsoe ke ho hoeletsa;+
’Metso oa ka o omeletse.
Mahlo a ka a feletsoe ke matla ha ke ntse ke letetse Molimo oa ka.+
4 Ba ntlhoileng ntle ho lebaka ba bangata esita le ho feta moriri oa hlooho ea ka.+
Ba nkhutsisang, e le lira tsa ka ntle ho lebaka, ba bangata.+
Joale ke ile ka khutlisa seo ke neng ke sa ka ka se nka ka tlatlapo.
6 E se eka ba u tšepileng ba ke ke ba hlajoa ke lihlong ka lebaka la ka,+
’Musi Morena, Jehova oa mabotho.+
E se eka ba u batlang ba ke ke ba kokobetsoa ka lebaka la ka,+
Molimo oa Iseraele.+
12 Ba lulang hekeng ba ile ba qala ho nahanisisa ka ’na,+
Ke ne ke le sehlooho sa lipina tsa ba noang joala bo tahang.+
13 Empa ha e le ’na, thapelo ea ka e ne e lebisitsoe ho uena, Jehova,+
Ka nako e amohelehang, Molimo.+
Ka mosa oa hao o lerato o mongata u nkarabe ka ’nete ea poloko ea hao.+
14 Ntopolle seretseng, e le hore ke se ke ka tetebela.+
E se eka nka lopolloa ho ba ntlhoileng+ le metsing a tebileng.+
15 E se eka molapo o phallang oa metsi o ke ke oa nkhohola,+
Leha e le hore boliba bo ’metse,
Kapa seliba se koale molomo oa sona holim’a ka.+
16 Nkarabe, Jehova, etsoe mosa oa hao o lerato o molemo.+
Retelehela ho ’na ho ea ka bongata ba mehauhelo ea hao,+
17 U se ke ua patela mohlanka oa hao sefahleho sa hao.+
Kahobane ke mahlomoleng, u nkarabe kapele.+
19 U tseba nyeliso ea ka le lihlong tsa ka le ho tlotloloha ha ka.+
Bohle ba bontšang bora ho ’na ba ka pel’a hao.+
20 Nyeliso e robile pelo ea ka, ’me leqeba ke le sa phekoleheng.+
Ke ile ka ’na ka lebella hore e mong a bontše kutloelo-bohloko, empa ho ne ho se le ea mong;+
Le batšelisi, empa ha kea ka ka ba fumana.+
25 Liahelo tsa bona tse pota-potiloeng ke lerako li ke li fetohe lesupi;+
E se eka ho ke ke ha e-ba le ea lulang litenteng tsa bona.+
31 Sena e tla boela e be se khahlisang ho Jehova ho feta poho,+
Ho feta pohoana e linaka, e nang le khōla e arohaneng.+
32 Ka sebele ba bonolo ba tla ho bona; ba tla thaba.+
Lōna ba batlang Molimo, lipelo tsa lōna le tsona li tsoele pele li phela.+
35 Etsoe Molimo o tla pholosa Sione+
O tla haha metse ea Juda;+
Ka sebele ba tla lula moo ’me ba e rue.+
Ho motsamaisi. Ea Davida, bakeng sa ho hopotsa.+
2 E se eka ba batlang moea oa ka ba ka hlajoa ke lihlong ’me ba soabe.+
E se eka ba thabelang tlokotsi ea ka ba ka khutlela morao ’me ba kokobetsoe.+
3 E se eka ba ka khutla ka lebaka la lihlong tsa bona ba reng: “Eke! eke!”+
4 E se eka ba ka thaba ’me ba nyakalle ka lebaka la hao, bohle ba u batlang,+
E se eka ba ka re kamehla: “Ho tlotlisoe Molimo!”—ba ratang poloko ea hao.+
5 Empa ke hlorile ’me ke futsanehile.+
Molimo, u nke bohato ka potlako bakeng sa ka.+
U thuso ea ka le Mopholosi oa ka.+
Jehova, u se ke ua lieha haholo.+
3 E-ba qhobosheane ea ka ea lefika eo ke kenang ho eona kamehla.+
U laele hore ke pholosoe,+
Etsoe u lefika la ka le qhobosheane ea ka.+
4 Molimo oa ka, u mpholose letsohong la ea khopo,+
Seatleng sa ea itšoarang ka mokhoa o hlokang toka le ka mokhoa o hatellang.+
5 Etsoe u tšepo ea ka,+ ’Musi Morena Jehova, u kholiseho ea ka ho tloha bocheng ba ka.+
6 Ke itšetlehile ka uena ho tloha ha ke le ka mpeng;+
Ke uena Ea nkarotseng lithong tse ka hare tsa ’Mè.+
Thoriso ea ka e ea ho uena kamehla.+
10 Etsoe lira tsa ka li itse mabapi le ’na,+
Le ba lisitseng moea oa ka ba eletsane hammoho,+
11 Ba re: “Molimo o mo lahlile.+
Mo lelekiseng ’me le mo tšoare, etsoe ha ho na molopolli.”+
13 E se eka ba hanyetsang moea oa ka ba ka hlajoa ke lihlong, e se eka ba ka fela.+
E se eka ba mpatlelang tlokotsi ba ka ikoahela ka nyeliso le ho kokobetsoa.+
15 Molomo oa ka o tla pheta ho loka ha hao ka ho qaqileng,+
O phete poloko ea hao letsatsi lohle,+
Etsoe ha kea tseba manane a tsona.+
16 Ke tla tla ka matla a maholo,+ ’Musi+ Morena Jehova;
Ke tla bolela ho loka ha hao, ha hao u le mong.+
17 Molimo, u nthutile ho tloha bocheng ba ka ho ea pele,+
Ho fihlela joale ke ntse ke bolela mesebetsi ea hao e hlollang.+
18 Esita le ho fihlela botsofaling le bohlooho-putsoeng, Molimo, u se ke ua ntlohela,+
Ho fihlela nka bolela letsoho la hao molokong,+
Ke bolele ka matla a hao ho bohle ba tlang ho tla.+
19 Ho loka ha hao, Molimo, ho fihla sebakeng se phahameng;+
Mabapi le lintho tse khōlō tseo u li entseng,+
Molimo, ke mang ea tšoanang le uena?+
20 Kahobane u entse hore ke bone mahlomola le litlokotsi tse ngata,+
E se eka u ka ntlhasimolla hape;+
E se eka u ka boela ua ’nyolla bolibeng ba lefatše.+
22 Le ’na, ke tla u roka ka seletsa sa mofuta o likhoele,+
Mabapi le ’nete ea hao, Molimo oa ka.+
Ke tla u binela lipina tsa thoriso ka harepa, Uena Mohalaleli oa Iseraele.+
23 Molomo oa ka o tla hoeletsa ka thabo ha ke u binela lipina tsa thoriso,+
Esita le moea oa ka oo u o lopolotseng.+
24 Hape, leleme la ka le tla bolela ho loka ha hao ka lentsoe le tlaase letsatsi lohle,+
Etsoe ba hlabiloe ke lihlong, kaha ba soabile, ba mpatlelang tlokotsi.+
Mabapi le Solomone.
2 E se eka a ka buella nyeoe ea batho ba hao ka ho loka+
Le ea batho ba hao ba hlorileng ka qeto ea boahloli.+
5 Ba tla u tšaba hafeela ho ntse ho e-na le letsatsi,+
Le ka pel’a khoeli ho isa molokong o mong ka mor’a o mong.+
6 O tla theohela holim’a joang bo kutiloeng joaloka pula,+
Joaloka lipula tsa melupe tse kolobisang lefatše.+
7 Matsatsing a hae ea lokileng o tla atleha,+
Khotso e tla ba ngata ho fihlela khoeli e se e le sieo.+
10 Marena a Tarshishe le a lihlekehleke+—
A tla ntša sethabathaba.+
Marena a Sheba le a Seba—
A tla hlahisa mpho.+
12 Etsoe o tla lopolla ea futsanehileng ea hoeletsang ho kōpa thuso,+
Le ea hlorileng le mang kapa mang ea se nang mothusi.+
15 A ke a phele,+ ’me a fuoe khauta e ’ngoe ea Sheba.+
A etsetsoe thapelo kamehla;
A bokoe letsatsi lohle.+
16 Ho tla ba le lijo-thollo tse ngata lefatšeng;+
Ho tla ba le nala holim’a litlhōrō tsa lithaba.+
Litholoana tsa hae li tla ba joaloka Lebanone,+
Ba tsoang motseng ba tla thunya joaloka limela tsa naha.+
17 Lebitso la hae le ke le be teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
Lebitso la hae le be leholo ka pel’a letsatsi,
Ba ke ba itlhohonolofatse ka eena;+
Lichaba tsohle li ke li phatlalatse hore o thabile.+
19 Ho bokoe lebitso la hae le khanyang ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+
Khanya ea hae e tlale lefatšeng lohle.+
Amen le Amen.
20 Lithapelo tsa Davida, mora oa Jese,+ li fihlile sephethong.
BUKA EA BORARO
Pina ea thoriso ea Asafe.+
73 Molimo o molemo ho Iseraele, ho ba lipelo li hloekileng.+
10 Ka hona o khutlisetsa batho ba hae sebakeng sena,
Ba minyelletsoa metsi a se tletseng.
12 Bonang! Bana ke ba khopo, ba lulang boiketlong ka nako e sa lekanyetsoang.+
Ba ekelitse seo ba iphelisang ka sona.+
13 Ka sebele ke ha lefeela hore ebe ke hloekisitse pelo ea ka+
Le hore ebe ke hlatsoa matsoho a ka ka ho hloka molato.+
15 Hoja ke ne ke itse: “Ke tla bolela pale e joaloka eo,”
Bonang! nka be ke entse ka bolotsana+
Khahlanong le moloko oa bara ba lōna.
16 Ke ile ka ’na ka nahana e le hore nka tseba sena;+
E ne e le khathatso mahlong a ka,
17 Ho fihlela ke kena ka sehalalelong se seholo sa Molimo.+
Ke ne ke batla ho lemoha bokamoso ba bona.+
19 Ba fetohile ntho e makalloang hakaakang joalokaha eka ke ka motsotsoana!+
Ba felile hakaakang, ba felisitsoe ka matšabeho a tšohanyetso!
20 Joaloka toro ka mor’a ho tsoha, Jehova,+
Ka ho tšoanang ha u tsoha u tla nyelisa setšoantšo sa bona.+
21 Etsoe pelo ea ka e ne e utloile bohloko+
Ke ne ke utloa bohloko bo hlabang liphiong tsa ka,+
22 Ke ne ke sa nahane ’me ke ne ke sa tsebe;+
Ke ile ka ba joaloka liphoofolo ponong ea hao.+
25 Ke mang eo ke nang le eena maholimong?+
Ntle ho uena ha ho ntho e ’ngoe eo ke e thabelang lefatšeng.+
26 ’Mele oa ka le pelo ea ka li feletsoe ke matla.+
Molimo ke lefika la pelo ea ka le kabelo ea ka ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
27 Etsoe, bona! ba u qobang ba tla timela.+
Ka sebele u tla khutsisa e mong le e mong eo ka boitšoaro bo sa amoheleheng a u sieang.+
28 Empa ha e le ’na, ho atamela ho Molimo ho molemo ho ’na.+
Ke behile setšabelo sa ka ho ’Musi Morena Jehova,+
E le ho bolela mesebetsi eohle ea hao.+
Maskile. Ea Asafe.+
74 Molimo, u re lahletse’ng ka ho sa feleng?+
Ke hobane’ng ha bohale ba hao bo ntse bo tukela mohlape oa lekhulo la hao?+
2 Hopola phutheho ea hao eo u e fumaneng khale,+
Moloko oo u o lopolotseng e le lefa la hao,+
Thaba ena ea Sione eo u lutseng ho eona.+
3 U phahamisetse mehato ea hao masuping a tšoarellang halelele.+
Sera se tšoere ntho e ’ngoe le e ’ngoe hampe sebakeng se halalelang.+
4 Ba bontšang bora ho uena ba purumme bohareng ba sebaka sa hao sa pokano.+
Ba behile lipontšo tsa bona e le lipontšo.+
5 Motho o tumme hampe ka ho tšoana le ea phahamisang lilepe ho rema mofero oa lifate.
6 Joale mengolo ea oona e fatiloeng, kaofela, ba e hlatha ka selepe le libalaka tse nang le lintlha tsa tšepe.+
8 Bona, esita le bana ba bona, ka lipelong tsa bona ba itse hammoho:
“Libaka tsohle tsa pokano tsa Molimo li tla chesoa naheng ena.”+
9 Ha rea bona lipontšo tsa rōna; ha ho sa na moprofeta,+
Ho rōna ha ho ea tsebang hore na ke halelele hakae.
10 Molimo, mohanyetsi o tla ’ne a nyelise halelele hakae?+
Na sera se tla ’ne se hlompholle lebitso la hao ka ho sa feleng?+
11 Ke hobane’ng ha u boloka letsoho la hao, letsoho la hao le letona, le honyelitsoe+
Sefubeng sa hao bakeng sa ho re felisa?
13 U ile ua fuluha leoatle ka matla a hao;+
Ua roba lihlooho tsa liphoofolo tsa litonanahali tsa leoatle ka metsing.+
14 U ile ua silakanya lihlooho tsa Leviathane.+
Ua fana ka eona e le lijo ho batho, ho ba ahileng libakeng tse se nang metsi.+
16 Motšehare ke oa hao; hape, bosiu ke ba hao.+
U ile ua lokisa mohloli oa leseli, esita le letsatsi.+
18 Hopola sena: Sera se nyelisitse, Jehova,+
Le batho ba se nang kelello ba hlompholotse lebitso la hao.+
19 U se ke ua fa sebata moea oa leebana-khoroana la hao.+
U se ke ua lebala ka ho sa feleng bophelo ba batho ba hao ba hlorileng.+
21 E se eka ea hateletsoeng a ke ke a khutla a kokobelitsoe.+
E se eka ea hlorileng le ea futsanehileng ba ka rorisa lebitso la hao.+
22 Tsoha, Molimo, u tsamaise nyeoe ea hao.+
Hopola ho nyelisoa ha hao letsatsi lohle ke ea se nang kelello.+
23 U se ke ua lebala mantsoe a ba bontšang bora ho uena.+
Lerata la ba u tsohelang matla le nyoloha kamehla.+
Ho motsamaisi. “U se ke ua senya.” Pina ea thoriso. Ea Asafe.+ Pina.
75 Rea u leboha, Molimo; rea u leboha,+
Lebitso la hao le haufi.+
Batho ba lokela ho bolela mesebetsi ea hao e makatsang.+
3 Lefatše le baahi bohle ba lona ba ne ba ntse ba qhibiliha,+
Ke ’na ea ileng a tsitsisa litšiea tsa lona.”+ Selah.
4 Ke ile ka re ho maoatla: “Le se ke la ba maoatla,”+
Ka re ho ba khopo: “Le se ke la phahamisa lenaka.+
6 Etsoe bophahamo ha bo tsoe bochabela kapa bophirimela,
Kapa boroa.
8 Etsoe ho na le senoelo letsohong la Jehova,+
Veine ea phophoma, e tletse motsoako.
Ka sebele o tla tšolla litšifa tsa eona tse leng ho sona;
Bohle ba khopo ba lefatše ba tla li tlhotla, ba li noe.”+
9 Empa ha e le ’na, ke tla ho bolela ho isa nakong e sa lekanyetsoang;
Ke tla binela Molimo oa Jakobo lipina tsa thoriso.+
Ho motsamaisi ka liletsa tse likhoele. Pina ea thoriso. Ea Asafe.+ Pina.
4 U koahetsoe ke khanya, e hlomphehang ho feta lithaba tsa liphofu.+
5 Ba lipelo li matla ba tlatlapuoe,+
Ba otsetse ba ba ba robala,+
Ha ho le ea mong oa banna bohle ba sebete ea fumaneng matsoho a bona.+
6 Molimo oa Jakobo, mokhanni oa koloi le pere ba khalehile ka lebaka la khalemelo ea hao e matla.+
8 U ile ua etsa hore tsekisano ea molao e utluoe ho tsoa leholimong;+
Lefatše le ile la tšoha ’me la khutsa+
Ho pholosa bohle ba bonolo ba lefatše.+ Selah.
11 Etsang boitlamo ’me le bo phethe ho Jehova Molimo oa lōna, lōna bohle ba mo pota-potileng.+
Ba ke ba tlise mpho ka tšabo.+
Ho motsamaisi malebana le Jeduthune. Ea Asafe.+ Pina ea thoriso.
77 Ke tla hoeletsa ho Molimo ka lentsoe la ka,+
Ke hoeletse ho Molimo ka lentsoe la ka, ’me ka sebele o tla ’mamela.+
2 Ke batlile Jehova letsatsing la mahlomola a ka.+
Bosiu letsoho la ka le ’nile la otloloha ’me ha le felloe ke matla;
Moea oa ka o hanne ho tšelisoa.+
3 Ke tla hopola Molimo ’me ke be morusu;+
Ke tla bontša ho tšoenyeha, e le hore moea oa ka o ka tepella.+ Selah.
6 Ke tla hopola ’mino oa ka oa seletsa se likhoele bosiu;+
Ke tla bontša ho tšoenyeha ka pelo ea ka,+
Moea oa ka o tla batlisisa.
7 Na Jehova o tla ’ne a lahle ho isa linakong tse sa lekanyetsoang,+
Na ha a sa tla hlola a khahloa?+
8 Na mosa oa hae o lerato o felile ka ho sa feleng?+
Na polelo ea hae e fetohile lefeela+ ho isa molokong o mong ka mor’a o mong?
10 Na ke tla ’ne ke re: “Sena ke se ntlhabang,+
Ho fetoha ha letsoho le letona la Ea Phahameng ka ho Fetisisa”?+
13 Molimo, tsela ea hao e sebakeng se halalelang.+
Ke mang eo e leng Molimo e moholo joaloka Molimo?+
14 Ke uena Molimo oa ’nete, ea etsang lintho tse hlollang.+
U tsebahalitse matla a hao har’a lichaba.+
16 Metsi a u bone, Molimo,
Metsi a u bone; a ile a qala ho utloa bohloko bo boholo.+
Hape, boliba bo ile ba qala ho tsukutleha.+
17 Maru a tšolotse metsi ka lialuma;+
Maholimo a koahetsoeng ke maru a ntšitse molumo.
Hape, metsu ea hao e ile ea ea mona le mane.+
18 Molumo oa sealuma sa hao o ne o le joaloka mabili a koloi;+
Mahalima a khantšitse naha e behang;+
Lefatše le ile la tsukutleha ’me la qala ho reketla.+
19 Tsela ea hao e ne e pholletsa le leoatle,+
Tsela ea hao e ne e pholletsa le metsi a mangata;
Mehato ea maoto a hao ha ea tsejoa.
Maskile. Ea Asafe.+
2 Ke tla ahlamisa molomo oa ka ka polelo ea maele;+
Ke tla etsa hore lilotho tsa khale li phalle,+
3 Tseo re li utloileng le ho li tseba,+
Le tseo bo-ntat’a rōna ba re phetetseng tsona;+
4 Tseo re sa li pateleng bara ba bona,+
Tseo re li phetelang le moloko o tlang ho tla,+
Lithoriso tsa Jehova le matla a hae+
Le lintho tsa hae tse hlollang tseo a li entseng.+
A beha molao Iseraele,+
Lintho tseo a ileng a li laela baholo-holo ba rōna,+
Hore ba li tsebise bara ba bona;+
6 E le hore moloko o tlang ho tla, bara ba neng ba tla tsoaloa, ba ka li tseba,+
E le hore ba ka ema ’me ba li phetela bara ba bona,+
7 Le hore ba ka beha kholiseho ea bona ho Molimo+
Ba se ke ba lebala liketso tsa Molimo+ empa ba boloke litaelo tsa hae.+
8 Ha baa lokela ho ba joaloka baholo-holo ba bona,+
Moloko o manganga le o tletseng borabele,+
Moloko o neng o sa lokisa lipelo tsa oona+
Oo moea oa oona o neng o sa tšepahale ho Molimo.+
9 Bara ba Efraime, le hoja e le ba hlometseng ba fulang ka seqha,+
Ba ile ba ikhula letsatsing la ntoa.+
11 Hape ba ile ba qala ho lebala mesebetsi ea hae+
Le mesebetsi ea hae e hlollang eo a ileng a etsa hore ba e bone.+
17 Ba ’na ba mo siteloa ka ho eketsehileng+
Ka ho fetohela Ea Phahameng ka ho Fetisisa sebakeng se se nang metsi;+
18 Ba leka Molimo ka lipelong tsa bona+
Ka ho kōpela meea ea bona se jeoang.+
20 Bonang! O ile a otla lefika+
E le hore metsi a ka phalla le melapo e phoroselang ea phalla.+
“Na o boetse o khona ho fana ka bohobe,+
Kapa na a ka lokisetsa lintho tsa ho iphelisa bakeng sa batho ba hae?”+
21 Ke ka lebaka leo Jehova a ileng a utloa ’me a qala ho halefa;+
Mollo oa hotetsoa khahlanong le Jakobo,+
Bohale le bona ba nyoloha khahlanong le Iseraele.+
26 A qala ho etsa hore moea oa bochabela o foke ka matla maholimong+
Le ho etsa hore moea oa boroa o foke ka matla a hae.+
27 A ba nesetsa lintho tsa ho iphelisa feela joaloka lerōle,+
Le libōpuoa tse fofang tse nang le mapheo feela joaloka lehlabathe la maoatle.+
30 Ba ne ba sa suthela thōko le takatso ea bona,
Ha lijo li sa ntse li le ka mahanong a bona,+
31 Ha khalefo ea Molimo e theohela holim’a bona.+
A qala ho bolaea har’a linatla tsa bona;+
A liha bahlankana ba Iseraele.
32 Ho sa tsotellehe sena sohle ba etsa sebe ka ho eketsehileng+
Ba se ke ba beha tumelo mesebetsing ea hae e hlollang.+
33 Kahoo a felisa matsatsi a bona joalokaha eka ke pululo feela,+
A felisa lilemo tsa bona ka khathatso.
34 Nako le nako ha a ne a ba bolaea, le bona ba ne ba botsa ka eena,+
Ebe baa khutla ’me ba batla Molimo.+
35 Ba qala ho hopola hore Molimo ke Lefika la bona,+
Le hore Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa ke Mopheteletsi oa bona.+
38 Empa o ne a le mohau;+ o ne a koahela phoso+ ’me a sa tlise pheliso.+
A khutlisa bohale ba hae ka makhetlo a mangata,+
O ne a sa tsose khalefo eohle ea hae.
42 Ha baa ka ba hopola letsoho la hae,+
Letsatsi leo a ileng a ba lopolla ka lona ho mohanyetsi,+
43 Kamoo a ileng a beha lipontšo tsa hae Egepeta+
Le mehlolo ea hae naheng ea Zooane;+
44 Le kamoo a ileng a qala ho fetola melatsoana ea bona ea Nile mali,+
Hoo ba neng ba ke ke ba noa melapong ea bona.+
47 A qala ho bolaea lifate tsa bona tsa morara ka sefako+
Le lifate tsa bona tsa sikamora ka majoe a sefako.+
48 A nehella lipelesa tsa bona sefako+
Liphoofolo tsa bona tse ruiloeng a li nehella feberu e chesang.
49 A qala ho ba romela bohale ba hae bo tukang,+
Khalefo le nyatso le mahlomola,+
Moifo oa mangeloi a tlisang tlokotsi.+
50 A lokisa tsela bakeng sa bohale ba hae.+
Ha aa ka a thibela meea ea bona hore e se ke ea shoa;
A nehelana ka bophelo ba bona lefung la seoa.+
51 Qetellong a bolaea matsibolo ’ohle Egepeta,+
Tšimoloho ea matla a bona a ho ikatisa litenteng tsa Kama.+
52 Ka mor’a moo a etsa hore batho ba hae ba tlohe feela joaloka mohlape,+
A ba tsamaisa joaloka mohlape lefeelleng.+
54 A ba tlisa sebakeng sa hae se halalelang,+
Sebaka sena se lithaba seo letsoho la hae le letona le se fumaneng.+
55 Ka lebaka la bona a leleka lichaba butle-butle,+
A qala ho ba arolela lefa ka khoele ea ho lekanya,+
Hoo a ileng a etsa hore meloko ea Iseraele e lule malapeng a eona.+
56 Ba qala ho leka le ho fetohela Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa,+
Ha baa ka ba boloka likhopotso tsa hae.+
57 Hape ba ’na ba kheloha ’me ba etsa ka bolotsana joaloka baholo-holo ba bona;+
Ba reteleha joaloka seqha se sa tieang.+
58 Ba ’na ba mo siteloa ka libaka tsa bona tse phahameng,+
Ba ’na ba mo susumelletsa poulelong ka litšoantšo tsa bona tse betliloeng.+
60 Qetellong a furalla tabernakele ea Shilo,+
Tente eo a neng a lula ho eona har’a batho ba lefatše.+
65 Joale Jehova a qala ho tsoha joalokaha eka o tsoha borokong,+
Joaloka ea matla ea hlaphoheloang veineng.+
66 A qala ho otla bahanyetsi ba hae a hlaha ka morao;+
A ba fa nyeliso e hlolang ka nako e sa lekanyetsoang.+
69 A qala ho haha sehalalelo sa hae feela joaloka libaka tse phahameng,+
Joaloka lefatše leo a le thehileng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
71 Ho tloha ho lateleng lithole tse anyesang+
A mo tlisa hore e be molisa oa batho ba hae Jakobo+
Le oa lefa la hae Iseraele.+
72 A qala ho ba lisa ho ea ka botšepehi ba pelo ea hae,+
A qala ho ba tsamaisa ka tsebo ea matsoho a hae.+
Pina ea thoriso ea Asafe.
79 Molimo, lichaba li kene lefeng la hao;+
Li silafalitse tempele ea hao e halalelang;+
Li entse Jerusalema qubu ea lithako.+
2 Li file linonyana tsa maholimo litopo tsa bahlanka ba hao hore e be lijo,+
Li file libata tsa lefatše linama tsa ba tšepahalang ba hao.+
3 Li tšolotse mali a bona joaloka metsi
Ho pota-pota Jerusalema ka hohle, ’me ha ho le ea mong ea ba patang.+
5 Jehova, u tla tuka ke bohale halelele hakae? Ka ho sa feleng?+
Cheseho ea hao e tla tuka feela joaloka mollo halelele hakae?+
6 Tšollela khalefo ea hao holim’a lichaba tse sa kang tsa u tseba,+
Le holim’a mebuso e sa kang ea ipiletsa lebitsong la hao.+
8 U se ke ua hopola liphoso tsa baholo-holo khahlanong le rōna.+
Potlaka! Mehauhelo ea hao e ke e re khahlanyetse,+
Etsoe re futsanehile haholo.+
9 Re thuse, Molimo oa poloko ea rōna,+
Ka lebaka la khanya ea lebitso la hao;+
U re lopolle ’me u koahele libe tsa rōna ka lebaka la lebitso la hao.+
10 Ke hobane’ng ha lichaba li lokela ho re: “Molimo oa bona o hokae?”+
Har’a lichaba ho ke ho tsejoe ka pel’a mahlo a rōna+
Ho pheteletsoa ha mali a tšolotsoeng a bahlanka ba hao.+
11 E se eka ho feheloa ha motšoaruoa ho ka kena ka pel’a hao.+
Ho ea ka boholo ba letsoho la hao u boloke ba behetsoeng lefu.+
12 U buseletse baahelani ba rōna ka makhetlo a supileng lifubeng tsa bona+
Nyeliso eo ba u nyelisitseng ka eona, Jehova.+
13 Ha e le rōna batho ba hao le mohlape oa lekhulo la hao,+
Re tla u leboha ho isa nakong e sa lekanyetsoang;
Re tla bolela thoriso ea hao ho tloha molokong o mong ho ea ho o mong.+
Ho motsamaisi malebana le Likhahla.+ Khopotso. Ea Asafe.+ Pina ea thoriso.
4 Jehova Molimo oa mabotho, u tla halefela thapelo ea batho ba hao halelele hakae?+
6 U etsa hore re qabane le baahelani ba rōna,+
Lira tsa rōna li ntse li re fetola litšeho kamoo li ratang.+
8 U ile ua etsa hore sefate sa morara se tlohe Egepeta.+
Ua ’na ua leleka lichaba, e le hore u ka se lema.+
9 U ile ua hleka sebaka ka pel’a sona,+ e le hore se ka mela ka metso ’me sa tlala naha.+
12 Ke hobane’ng ha u helelitse marako a sona a majoe,+
Ke hobane’ng ha ba fetang ka tsela ba se khile?+
13 Kolobe-moru e tsoang merung e ntse e se ja,+
Mehlape ea liphoofolo tsa naha e sabaletseng e ntse e iphepa ka sona.+
14 Molimo oa mabotho, ka kōpo khutla;+
Talima tlaase u le leholimong u bone ’me u hlokomele sefate sena sa morara,+
15 Le semela seo letsoho la hao le letona le se lemmeng,+
U talime mora eo u imatlafalelitseng eena.+
17 Letsoho la hao le ke le be holim’a motho oa letsoho la hao le letona,+
Holim’a mora oa moloko oa batho eo u imatlafalelitseng eena,+
E se eka u ka re boloka re phela, e le hore re ka ipiletsa lebitsong la hao.+
Ho motsamaisi malebana le Gitithe.+ Ea Asafe.
2 Phokolang pina ea thoriso+ ’me le nke moropa o monyenyane,+
Harepa e khahlisang hammoho le seletsa se likhoele.+
3 Ha khoeli e thoasitse, le letse lenaka;+
Ha khoeli e tolokile, bakeng sa letsatsi la mokete oa rōna.+
5 O ile a e laela Josefa e le khopotso,+
Ha a tsamaea naheng ea Egepeta.+
Ka ’na ka utloa puo eo ke neng ke sa e tsebe.+
7 U ile ua hooa u le mahlomoleng, ’me ka u pholosa;+
Ka qala ho u araba sebakeng se patehileng sa sealuma.+
Ka u hlahloba metsing a Meriba.+ Selah.
8 Utloang, Lōna batho ba ka, ’me ke tla paka khahlanong le lōna,+
Uena Iseraele, haeba u tla ’mamela.+
10 ’Na, Jehova, ke Molimo oa lōna,+
Ea le ntšang naheng ea Egepeta.+
Ahlamisang melomo, ’me ke tla e tlatsa.+
11 Empa batho ba ka ha baa mamela lentsoe la ka;+
Baiseraele ha baa ka ba mpontša boikemisetso leha e le bofe.+
12 Kahoo ke ile ka ba tlohela hore ba tsamaee ka manganga a lipelo tsa bona;+
Ba ile ba qala ho tsamaea ka merero ea bona.+
14 Ke ne ke tla kokobetsa lira tsa bona habonolo,+
Ke ne ke tla lebisa letsoho la ka khahlanong le bahanyetsi ba bona.+
15 Ha e le ba hloileng Jehova haholo, ba tla tla ho eena ba ikokobelitse,+
Nako ea bona e tla ba teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.
Pina ea thoriso ea Asafe.
3 E-bang baahloli bakeng sa ea tlaase le moshanyana ea se nang ntate.+
Etsang toka ho ea hlorileng le ea nang le ho honyenyane.+
5 Ha baa tseba, ’me ha ba utloisise;+
Ba ntse ba tsamaea lefifing;+
Metheo eohle ea lefatše ea sisinngoa.+
7 Ka sebele le tla shoa feela joalokaha batho ba shoa;+
Le tla oa ho tšoana leha e le ofe oa likhosana!’”+
Pina. Pina ea thoriso ea Asafe.+
U se ke ua lula u sa bue, ’me u se ke ua khutsa, Uena Ea Nang le Bomolimo.+
3 Ka mano ba ntšetsa pele lekunutu la bona khahlanong le batho ba hao;+
Ba rerela ba patiloeng ba hao bolotsana.+
4 Ba itse: “Tloong ’me re ba feliseng hore e se ke ea e-ba sechaba,+
E le hore lebitso la Iseraele le se ke la hlola le hopoloa.”+
5 Etsoe ka lipelo ba eletsane hammoho ba kopane;+
Ba hlabile selekane khahlanong le uena,+
6 Litente tsa Edomo+ le Baishmaele, Moabe+ le Bahagare,+
9 Ba etse joalokaha u ile ua etsa Midiane,+ joalokaha u ile ua etsa Sisera,+
Joalokaha u ile ua etsa Jabine+ phuleng ea molapo o phoroselang ea Kishone.+
11 Ha e le bahlomphehi ba bona, u ba etse joaloka Orebe le joaloka Zebe,+
Babusisi bohle ba bona u ba etse joaloka Zeba le joaloka Zalmuna,+
12 Ba itseng: “A re ithueleng libaka tsa bolulo tsa Molimo.”+
13 Molimo oa ka, u ba etse joaloka setsokotsane sa meutloa,+
Joaloka litlhaka tse fefoloang ke moea.+
14 Joaloka mollo o chesang moru+
Le joaloka lelakabe le tlabolang lithaba,+
15 E se eka u ka ba lelekisa ka sefefo sa hao se matla ka tsela eona eo+
E se eka u ka ba khathatsa ka moea oa hao oa sefefo.+
16 Tlatsa lifahleho tsa bona ka ho hlompholoha,+
E le hore batho ba ka batla lebitso la hao, Jehova.+
17 E se eka ba ka hlajoa ke lihlong ’me ba khathatseha ka linako tsohle,+
E se eka ba ka soaba ’me ba timele;+
18 E le hore batho ba ka tseba+ hore uena, eo lebitso la hao e leng Jehova,+
Uena u le mong u Ea Phahameng ka ho Fetisisa+ holim’a lefatše lohle.+
Bakeng sa motsamaisi malebana le Gitithe.+ Ea bara ba Kora. Pina ea thoriso.
2 Moea oa ka o labalabetse ’me o hloretse mabala a Jehova.+
Pelo ea ka le nama ea ka li hoeletsa ka thabo ho Molimo ea phelang.+
3 Esita le nonyana e fumane ntlo,
Lefokotsane le iphumanetse sehlaha,
Moo le behileng malinyane a lona—
Aletare ea hao e khōlō, Jehova oa mabotho, Morena oa ka le Molimo oa ka!
5 Ho thaba batho bao matla a bona a leng ho uena,+
Bao ka lipelong tsa bona e leng litsela tse khōlō.+
6 Ha ba feta khohlong ea lihlahla tsa bak’ha,+
Ba e fetola seliba;
Morupeli+ o ikapesa litlhohonolofatso.
7 Ba tla tsamaea ba ntse ba e-ba le mafolofolo a eketsehileng;+
E mong le e mong o bonahala ho Molimo Sione.+
10 Etsoe letsatsi mabaleng a hao le molemo ho feta a sekete sebakeng se seng.+
Ke khethile ho ema monyako ka tlung ea Molimo oa ka+
Ho e-na le ho solla litenteng tsa bokhopo.+
11 Etsoe Jehova Molimo ke letsatsi+ le thebe;+
O fana ka kamohelo le khanya.+
Jehova a ke ke a hanela ba tsamaeang ka ho hloka molato ka ntho leha e le efe e ntle.+
12 Jehova oa mabotho, ho thaba motho ea u tšepileng.+
Bakeng sa motsamaisi. Ea bara ba Kora. Pina ea thoriso.
5 Na u tla re tukela ka bohale ho isa nakong e sa lekanyetsoang?+
Na u tla ntšetsa pele bohale ba hao ho isa molokong o mong ka mor’a o mong?+
8 Ke tla utloa seo Molimo oa ’nete Jehova a tla se bua,+
Etsoe o tla bolela khotso ho batho ba hae+ le ho ba tšepahalang ba hae,
Empa ba se ke ba khutlela ho itšepeng ha bona.+
Thapelo ea Davida.
5 Etsoe, Jehova, u molemo+ ’me u itokiselitse ho tšoarela;+
Mosa o lerato ho bohle ba ipiletsang ho uena o mongata.+
8 Ha ho le ea mong ea tšoanang le uena har’a melimo, Jehova,+
Hape ha ho mesebetsi leha e le efe e tšoanang le ea hao.+
9 Lichaba tsohle tseo u li entseng li tla tla,+
Li tla inama ka pel’a hao, Jehova,+
Li tlotlise lebitso la hao.+
11 Jehova, nthupele ka tsela ea hao.+
Ke tla tsamaea ’neteng ea hao.+
Momahanya pelo ea ka hore e tšabe lebitso la hao.+
12 Kea u roka, Jehova Molimo oa ka, ka pelo ea ka eohle,+
Ke tla tlotlisa lebitso la hao ho isa nakong e sa lekanyetsoang,
13 Etsoe mosa oa hao o lerato o moholo bakeng sa ka,+
U lopolotse moea oa ka Sheole, sebakeng sa eona se tlaase-tlaase.+
14 Molimo, ba iketelletsang pele ba ntsohetse matla;+
Phutheho ea bahatelli e batlile moea oa ka,+
Ha baa u beha ka pel’a bona.+
15 Empa, Jehova, u Molimo ea mohau le ea mosa,+
Ea liehang ho halefa+ le ea tletseng mosa o lerato le ’nete.+
16 Retelehela ho ’na ’me u mpontše mohau.+
U fe mohlanka oa hao matla a hao,+
U pholose mora oa lekhabunyane la hao.+
17 Nketsetse pontšo e bolelang molemo,
E le hore ba ntlhoileng ba ka e bona ’me ba hlajoe ke lihlong.+
Etsoe Jehova, u nthusitse ’me u ntšelisitse.+
Ea bara ba Kora. Pina ea thoriso, pina.
87 Motheo oa hae o lithabeng tse halalelang.+
3 Ho ntse ho buuoa lintho tse khanyang ka uena, Uena motse oa Molimo oa ’nete.+ Selah.
4 Ke tla bolela Rahaba+ le Babylona+ joaloka ba leng har’a ba ntsebang;
Filistia+ le Tyre ke tsena, hammoho le Kushe:
“Enoa ke ea ileng a tsoalloa moo.”+
7 Ho tla boela ho be le libini hammoho le ba tjekang metjeko e potolohang:+
“Liliba tsohle tsa ka li ho uena.”+
Pina, pina ea thoriso ea bara ba Kora. Ho motsamaisi malebana le Mahalathe ka ho fana ka likarabelo. Maskile ea Hemane+ Moezra.
4 Ke baliloe har’a ba theohelang ka sekoting;+
Ke fetohile ea joaloka monna ea shahlileng ea se nang matla,+
5 Ea lokolotsoeng har’a ba shoeleng,+
Joaloka ba bolailoeng ba robetseng sebakeng sa lepato,+
Bao u sa kang ua hlola u ba hopola
Le ba tlositsoeng letsohong la hao le thusang.+
6 U nkentse ka sekoting se tebileng ho ea tlaase-tlaase,
Libakeng tse lefifi, ka mohohlong o moholo.+
7 Khalefo ea hao e itahletse holim’a ka,+
U ntlhorisitse ka maqhubu ’ohle a hao a loebehlanang.+ Selah.
8 U suthiselitse bao ke ba tloaetseng hōle le ’na;+
U mpehile joaloka ntho e manyala haholo ho bona.+
Ke thibeletsoe ’me nke ke ka tsamaea.+
9 Leihlo la ka le fifetse ka lebaka la mahloreho a ka.+
Ke ipilelitse ho uena, Jehova, letsatsi lohle;+
Ke otlolletse liatla tsa ka ho uena.+
10 Na u tla etsetsa ba shoeleng limakatso?+
Kapa na ba se nang matla lefung ba tla tsoha,+
Na ba tla u roka?+ Selah.
11 Na mosa oa hao o lerato o tla boleloa sebakeng sa lepato,
Botšepehi ba hao bo boleloe sebakeng sa timetso?+
13 Leha ho le joalo, Jehova, ke hoelelitse ho kōpa thuso ho uena,+
Thapelo ea ka e ntse e tobana le uena hoseng.+
15 Ho tloha boshanyaneng ho ea pele ke hlorile ’me ke haufi le ho shoa;+
Ke mameletse lintho tse tšosang haholo tse tsoang ho uena.+
Maskile. Ea Ethane Moezra.+
89 Ke tla bina ka lipontšo tsa Jehova tsa mosa o lerato esita le ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
Ke tla tsebahatsa botšepehi ba hao ka molomo oa ka ho isa molokong o mong ka mor’a o mong.+
2 Etsoe ke itse: “Mosa o lerato o tla lula o hahiloe esita le ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
Ha e le maholimo, u boloka botšepehi ba hao bo tiile ka thata ho ’ona.”+
3 “Ke hlabile selekane le mokhethoa oa ka;+
Ke hlapanyelitse mohlanka oa ka Davida,+
4 ‘Ke tla tiisa peō ea hao ka thata ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+
Ke tla haha terone+ ea hao ho isa molokong o mong ka mor’a o mong.’” Selah.
5 Maholimo a tla roka ketso ea hao e hlollang, Jehova,+
E, a roke botšepehi ba hao phuthehong ea bahalaleli.
6 Etsoe ke mang maholimong ea ka bapisoang le Jehova?+
Ke mang ea ka tšoanang le Jehova har’a bara ba Molimo?+
7 Molimo o lokela ho tšajoa har’a sehlopha sa metsoalle e haufi-ufi sa bahalaleli;+
O moholo ’me oa tšabeha holim’a bohle ba mo potolohileng.+
13 Letsoho le nang le bonatla ke la hao,+
Letsoho la hao le matla,+
Letsoho la hao le letona le phahame.+
14 Ho loka le kahlolo ke sebaka se tiisitsoeng sa terone ea hao;+
Mosa o lerato le ’nete li tla ka pel’a sefahleho sa hao.+
15 Ho thaba batho ba tsebang mohoo oa thabo.+
Jehova, ba ntse ba tsamaea leseling la sefahleho sa hao.+
19 Nakong eo u ile ua bua ponong le ba tšepahalang ba hao,+
Ua re:
“Ke fane ka thuso ho ea matla;+
Ke phahamisitse mokhethoa har’a batho.+
20 Ke fumane mohlanka oa ka Davida;+
Ke mo tlotsitse ka oli ea ka e halalelang,+
21 Eo ho eena letsoho la ka le tlang ho tiea,+
Eo hape letsoho la ka le tlang ho mo matlafatsa.+
23 Ke ile ka silakanya bahanyetsi ba hae ka pel’a hae,+
Ba mo hloileng haholo ka ’na ka ba fa likotlo.+
28 Ke tla mo bolokela mosa oa ka o lerato ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+
Selekane sa ka se tla tšepahala ho eena.+
30 Haeba bara ba hae ba tlohela molao oa ka+
Ba sa tsamaee liqetong tsa ka tsa boahloli,+
31 Haeba ba hlompholla litaelo tsa ka tse hlomamisitsoeng
Ba sa boloke litaelo tsa ka,
32 Ke tla boela ke lebise tlhokomelo tlōlong ea bona ka thupa+
Le liphosong tsa bona ka lichapo.+
33 Empa nke ke ka felisa mosa oa ka o lerato ho eena,+
Kapa ka ba ea se nang ’nete mabapi le botšepehi ba ka.+
36 Peō ea hae e tla ba teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+
Le terone ea hae joaloka letsatsi ka pel’a ka.+
37 E tla tiisoa ka thata joaloka khoeli ho isa nakong e sa lekanyetsoang,
Le joaloka paki e tšepahalang maholimong.” Selah.
41 Bohle ba fetang ka tsela ba inketse thepa ea hae ka mahahapa;+
O fetohile nyeliso ho baahelani ba hae.+
43 Ho feta moo, u boetse u tšoara sabole ea hae joaloka sera,+
U entse hore a se ke a atamela ntoeng.+
46 Jehova, u tla lula u ipatile halelele hakae? Ka ho sa feleng?+
Na khalefo ea hao e tla ’ne e tuke joaloka mollo?+
48 Ke monna ofe ea shahlileng ea phelang ea ke keng a bona lefu?+
Na a ka pholosa moea oa hae letsohong la Sheole?+ Selah.
49 Jehova, liketso tsa hao tsa mosa o lerato tsa pele li hokae,
Tseo u ileng ua hlapanyetsa Davida ka tsona botšepehing ba hao?+
50 Jehova, hopola nyeliso e holim’a bahlanka ba hao,+
Ho jara ha ka sefubeng nyeliso ea lichaba tsohle tse ngata,+
51 Jehova, lira tsa hao li nyelisitse hakaakang,+
Li nyelisitse mehato ea maoto ea motlotsuoa oa hao.+
52 Ho bokoe Jehova ho isa nakong e sa lekanyetsoang. Amen le Amen.+
BUKA EA BONE
Thapelo ea Moshe, monna oa Molimo oa ’nete.+
Kapa u qala ho hlahisa lefatše+ le naha e behang joalokaha eka ke ka bohloko ba pelehi,+
Esita le ho tloha nakong e sa lekanyetsoang ho isa nakong e sa lekanyetsoang u Molimo.+
4 Etsoe lilemo tse sekete mahlong a hao li feela joaloka letsatsi la maobane ha le fetile,+
Le joaloka tebelo ea bosiu.+
8 U behile liphoso tsa rōna ka pel’a hao,+
Lintho tsa rōna tse patiloeng u li behile ka pel’a sefahleho sa hao se khanyang.+
9 Etsoe matsatsi ’ohle a rōna a fokotsehile khalefong ea hao;+
Re qetile lilemo tsa rōna feela joaloka mohoeshetso.+
10 Matsatsi a lilemo tsa rōna ke lilemo tse mashome a supileng;+
Haeba e le ka lebaka la matla a khethehileng e ba lilemo tse mashome a robeli,+
Empa leha ho le joalo a tsitlella khathatsong le linthong tse kotsi;+
Etsoe a lokela ho feta kapele, ’me rea fofa.+
12 Re bontše kamoo re lokelang ho bala matsatsi a rōna ka tsela eo ka eona+
Re ka fumanang pelo e bohlale.+
14 Re khotsofatse hoseng ka mosa oa hao o lerato,+
E le hore re ka hoeletsa ka thabo ’me ra nyakalla matsatsing ’ohle a rōna.+
15 Re thabise ka ho lekanang le matsatsi ao u re hlorisitseng ka ’ona,+
Lilemo tseo re boneng tlokotsi ka tsona.+
16 E se eka mosebetsi oa hao o ka bonahala ho bahlanka ba hao+
Le bokhabane ba hao bo bonahale ho bara ba bona.+
17 Thabo ea Jehova Molimo oa rōna e ke e be holim’a rōna,+
U tiise mosebetsi oa matsoho a rōna ka thata holim’a rōna.+
E, mosebetsi oa matsoho a rōna, u o tiise ka thata.+
91 Mang kapa mang ea lulang sebakeng se sephiring+ sa Ea Phahameng ka ho Fetisisa+
O tla iphumanela bolulo tlas’a moriti oa Ea Matla ’Ohle.+
4 Ka masiba a hae o tla thibela hore u se ke ua atameloa,+
U tla tšabela tlas’a mapheo a hae.+
’Nete+ ea hae e tla ba thebe e khōlō+ le lerako la tšireletso.
5 U ke ke ua tšoha letho le tšabehang bosiu,+
Kapa motsu+ o fofang motšehare,
6 Leha e le lefu la seoa le tsamaeang lefifing,+
Kapa timetso e tlatlapang har’a motšehare.+
7 Ba sekete ba tla oa lehlakoreng la hao
Ba likete tse leshome ba oe ka letsohong la hao le letona;
E ke ke ea atamela ho uena.+
9 Kahobane u itse: “Jehova ke setšabelo sa ka,”+
U entse Ea Phahameng ka ho Fetisisa sebaka sa hao sa bolulo;+
10 Ha ho tlokotsi e tla u hlahela,+
Esita le lefu le ke ke la atamela tenteng ea hao.+
14 Kahobane o behile boikutlo ba hae bo mofuthu ho ’na,+
Ke tla boela ke mo pholose.+
Ke tla mo sireletsa hobane o tsebile lebitso la ka.+
15 O tla ipiletsa ho ’na, ’me ke tla mo araba.+
Ke tla ba le eena mahlomoleng.+
Ke tla mo pholosa ’me ke mo tlotlise.+
Pina ea thoriso, pina, bakeng sa letsatsi la sabatha.
92 Ke ntho e ntle ho leboha Jehova+
Le ho binela lebitso la hao lipina tsa thoriso, Uena Ea Phahameng ka ho Fetisisa;+
2 Ho bolela mosa oa hao o lerato hoseng+
Le botšepehi ba hao bosiu,+
3 Ka seletsa se nang le likhoele tse leshome le ka lute,+
Ka ho letsa ’mino ka harepa.+
4 Etsoe u nthabisitse, Jehova, ka lebaka la mosebetsi oa hao;
Ke hoeletsa ka thabo ka lebaka la mesebetsi ea matsoho a hao.+
7 Ha ba khopo ba hlōmela joaloka limela+
Bohle ba tloaetseng ho etsa se kotsi ba thunya,
Ke hore ba felisoe ka ho sa feleng.+
8 Empa u phahame ho isa nakong e sa lekanyetsoang, Jehova.+
9 Etsoe, bona! lira tsa hao, Jehova,+
Etsoe, bona! lira tsa hao li tla timela;+
Bohle ba tloaetseng ho etsa se kotsi ba tla aroloa e mong ho e mong.+
11 Leihlo la ka le tla talima lira tsa ka;+
Litsebe tsa ka li tla utloa ka ba ntsohelang matla, baetsi ba bobe.
12 Ea lokileng o tla hlahisa lithunthung joaloka sefate sa lipalema;+
Joaloka kedare Lebanone, o tla ba moholo.+
14 Ba tla ’ne ba atlehe nakong ea bohlooho-putsoa,+
Ba tla tsoela pele ba nonne ’me ba le bacha,+
O apere boemo bo phahameng;+
Jehova o apere—o itlamile ka matla.+
Naha e behang le eona e tiisoa ka thata hoo e ke keng ea sisinngoa.+
3 Jehova, linōka li phahamisitse,
Linōka li phahamisitse molumo oa tsona;+
Linōka li ntse li phahamisa ho khahlela ha tsona.+
4 Ka holim’a melumo ea metsi a mangata, maqhubu a maholo a loebehlanang a leoatle,+
Jehova oa hlompheha+ sebakeng se phahameng.
5 Likhopotso tsa hao e bile tse tšepahalang haholo.+
Khalalelo e tšoanela ntlo ea hao,+ Jehova, ho isa matsatsing a mangata.+
4 Ba ntse ba bua ba sa khaotse, ba ntse ba bua ba sa ithibe;+
Bohle ba tloaetseng ho etsa se kotsi ba ntse ba ithorisa.+
8 Utloisisang, lōna ba sa nahaneng har’a batho;+
Ha e le lōna ba se nang kelello, le tla ba le temohisiso neng?+
11 Jehova o tseba menahano ea batho, hore e joaloka pululo.+
12 Jah, ho thaba monna ea shahlileng eo u mo khalemelang,+
Le eo u mo rutang ho tsoa molaong oa hao,+
13 E le ho mo fa khutso matsatsing a tlokotsi,+
Ho fihlela ea khopo a epeloa sekoti.+
16 Ke mang ea tla nkemela khahlanong le baetsi ba bobe?+
Ke mang ea tla nkemela khahlanong le ba tloaetseng ho etsa se kotsi?+
18 Ha ke re: “Ka sebele leoto la ka le tla therekela,”+
Jehova, mosa oa hao o lerato o ile oa ’na oa ntšehetsa.+
19 Ha menahano ea ka e hlokisang botsitso e ngatafala ka hare ho ’na,+
Matšeliso a hao a ile a qala ho hlabolla moea oa ka.+
20 Na terone e bakang litsietsi e tla kena selekaneng le uena+
Ha e ntse e rera khathatso ka molao-taelo?+
21 Ba hlasela ka matla moea oa ea lokileng+
Ba phatlalatsa hore esita le mali a ea hlokang molato a khopo.+
22 Empa Jehova e tla ba sebaka se phahameng sa tšireletso ho ’na,+
Molimo oa ka e be lefika la setšabelo sa ka.+
23 O tla khutlisetsa bobe ba bona holim’a bona+
O tla ba khutsisa ka tlokotsi ea bona.+
Jehova Molimo oa rōna o tla ba khutsisa.+
3 Etsoe Jehova ke Molimo e moholo+
Le Morena e moholo holim’a melimo e meng eohle,+
4 Eena eo ka letsohong la hae ho nang le botebo bo tlaase-tlaase ba lefatše+
Le eo litlhōrō tsa lithaba e leng tsa hae;+
5 Eo leoatle, leo a le entseng, e leng la hae+
Le eo matsoho a hae a entseng naha e omileng.+
7 Etsoe ke eena Molimo oa rōna, ’me re batho ba lekhulo la hae le linku tsa letsoho la hae.+
Kajeno haeba le mamela lentsoe la hae,+
8 Le se ke la thatafatsa lipelo tsa lōna joaloka Meriba,+
Joaloka letsatsing la Masa lefeelleng,+
9 Ha baholo-holo ba lōna ba mpeha tekong;+
Ba ile ba ntlhahloba, ba boela ba bona mosebetsi oa ka.+
10 Ka lilemo tse mashome a mane ke ile ka ’na ka nyonya moloko oo,+
Eaba ke re:
“Ke batho ba lipelo li khelohileng,+
Ha ba tsebe litsela tsa ka”;+
11 Oo ke ileng ka hlapanya bohaleng ba ka malebana le oona:+
“Ba ke ke ba kena sebakeng sa ka sa phomolo.”+
2 Binelang Jehova, le boke lebitso la hae.+
Letsatsi le letsatsi le bolele litaba tse molemo tsa poloko ea hae.+
9 Inamelang Jehova ka mokhabo o halalelang;+
Utloang bohloko bo boholo ka lebaka la hae, lōna batho bohle ba lefatše.+
10 E-reng har’a lichaba: “Jehova ke morena.+
Le naha e behang e tiisoa ka thata hoo e ke keng ea sisinngoa.+
O tla buella nyeoe ea lichaba ka ho loka.”+
12 Naha e sabaletseng e ke e thabe le sohle se ho eona.+
Ka nako e tšoanang lifate tsohle tsa moru li ke li tlerohe ka thabo+
13 Ka pel’a Jehova. Etsoe o tlile;+
Etsoe o tlil’o ahlola lefatše.+
O tla ahlola ka ho loka naha e behang+
A ahlole lichaba ka botšepehi ba hae.+
2 Maru le botšo bo boholo li mo pota-potile ka hohle;+
Ho loka le kahlolo ke sebaka se tiisitsoeng sa terone ea hae.+
4 Mahalima a hae a khantšitse naha e behang;+
Lefatše le ile la bona ’me la utloa bohloko bo boholo.+
5 Lithaba tsa qhibiliha feela joaloka boka ba linotši ka lebaka la Jehova,+
Ka lebaka la Morena oa lefatše lohle.+
7 Bohle ba sebeletsang setšoantšo leha e le sefe se betliloeng ba ke ba hlajoe ke lihlong,+
Ba ithorisang ka melimo ea lefeela.+
Mo inameleng, lōna melimo eohle.+
8 Sione e ile ea utloa ’me ea qala ho nyakalla,+
Metse e itšetlehileng ka Juda ea qala ho thaba+
Ka lebaka la liqeto tsa hao tsa boahloli, Jehova.+
9 Etsoe, Jehova, ke uena Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle;+
U phahame haholo bophahamong ba hao holim’a melimo e meng eohle.+
10 Lōna ba ratang Jehova,+ hloeang se sebe.+
O lebela meea ea ba tšepahalang ba hae;+
O ba lopolla matsohong a ba khopo.+
Pina ea thoriso.
98 Binelang Jehova pina e ncha,+
Etsoe lintho tseo a li entseng lia hlolla.+
Letsoho la hae le letona, letsoho la hae le halalelang, le mo fumanetse poloko.+
3 O hopotse mosa oa hae o lerato le botšepehi ba hae ntlong ea Iseraele.+
Lipheletso tsohle tsa lefatše li bone poloko ea Molimo oa rōna.+
4 Hooang ka tlhōlo ho Jehova, lōna batho bohle ba lefatše.+
Hlasimolohang ’me le hoeletse ka thabo ’me le bine lipina tsa thoriso.+
8 Linōka li ope liatla;
Lithaba li hoeletse ka thabo hammoho+
9 Ka pel’a Jehova, etsoe o tlil’o ahlola lefatše.+
O tla ahlola ka ho loka naha e behang+
A ahlole lichaba ka ho loka.+
4 Ka matla a morena o ratile kahlolo.+
U tiisitse ho loka ka thata.+
U hlahisitse kahlolo le ho loka ho Jakobo.+
6 Moshe le Arone ba ne ba le har’a baprista ba hae,+
Samuele o ne a le har’a ba ipiletsang lebitsong la hae.+
Ba ne ba hoeletsa ho Jehova, ’me a ’na a ba araba.+
7 A tsoela pele ho bua le bona topallong ea leru.+
Ba ile ba boloka likhopotso tsa hae le molao oa tsamaiso oo a ileng a ba fa oona.+
8 Jehova Molimo oa rōna, u ba arabile.+
Ho bona u bile Molimo ea tšoarelang,+
Le ea phethisang phetetso khahlanong le liketso tsa bona tse tummeng hampe.+
9 Phahamisang Jehova Molimo oa rōna+
Le iname thabeng ea hae e halalelang.+
Etsoe Jehova Molimo oa rōna oa halalela.+
Pina ea thoriso ea liteboho.+
100 Hooang ka tlhōlo ho Jehova, lōna batho bohle ba lefatše.+
3 Tsebang hore Jehova ke Molimo.+
Ke eena ea re entseng, eseng rōna.+
Re batho ba hae le linku tsa lekhulo la hae.+
4 Kenang lihekeng tsa hae ka liteboho,+
Le kene mabaleng a hae ka thoriso.+
Mo leboheng, le boke lebitso la hae.+
Mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+
Botšepehi ba hae bo teng ho isa molokong o mong ka mor’a o mong.+
Ea Davida. Pina ea thoriso.
2 Ke tla etsa ka masene ka tsela e se nang molato.+
U tla tla neng ho ’na?+
Ke tla tsamaea botšepehing ba pelo ea ka ka har’a ntlo ea ka.+
3 Nke ke ka beha letho le se nang molemo ka pel’a mahlo a ka.+
Ke hloile liketso tsa ba khelohang;+
Ha li nkhomarele.+
5 Mang kapa mang ea etselletsang motsoalle oa hae sephiring,+
Kea mo khutsisa.+
Mang kapa mang ea mahlo a ikhohomosang le ea pelo e ikakasang,+
Nke ke ka mo mamella.+
6 Mahlo a ka a holim’a ba tšepahalang ba lefatše,+
E le hore ba ka lula le ’na.+
Ea tsamaeang ka tsela e se nang molato,+
Ke eena ea tla ntšebeletsa.+
7 Mosebetsi ea qhekellang a ke ke a lula ka har’a ntlo ea ka.+
Ha e le mang kapa mang ea buang mashano, a ke ke a tiisoa ka thata+
Ka pel’a mahlo a ka.+
8 Hoseng ho hong le ho hong ke tla khutsisa bohle ba khopo ba lefatše,+
Hore ke tlose bohle ba tloaetseng ho etsa se kotsi+ motseng+ oa Jehova.
Thapelo ea ea hlorileng haeba a ka tepella ’me a tšollela matšoenyeho a hae ka pel’a Jehova.+
2 U se ke ua mpatela sefahleho sa hao letsatsing leo ka lona ke leng mahlomoleng.+
Ntšekehele tsebe;+
Letsatsing leo ka lona ke hooang, u potlake, u nkarabe.+
3 Etsoe matsatsi a ka a felile joaloka mosi,+
Masapo a ka a entsoe hore a chese haholo feela joaloka leifo.+
6 Ke tšoana le letata le jang litlhapi la lefeella.+
Ke fetohile ea joaloka sephooko se senyenyane sa masupi.
9 Etsoe ke jele molora feela joaloka bohobe;+
Lintho tseo ke li noang ke li tsoakile le ho lla,+
10 Ka lebaka la nyatso ea hao le khalefo ea hao;+
Etsoe u mphahamisitse, e le hore u ka ntahla.+
12 Ha e le uena, Jehova, u tla lula ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+
Sehopotso sa hao se tla ba teng ho isa molokong o mong ka mor’a o mong.+
13 U tla tsoha, u tla hauhela Sione,+
Etsoe ke nako ea ho e bontša mohau,
Kaha nako e behiloeng e fihlile.+
14 Etsoe bahlanka ba hao ba khahlisitsoe ke majoe a eona,+
Ba lebisa mohau oa bona lerōleng la eona.+
17 Ka sebele o tla retelehela thapelong ea ba nketsoeng ntho e ’ngoe le e ’ngoe,+
A se ke a nyelisa thapelo ea bona.+
19 Etsoe o talimile tlaase a le sebakeng sa hae se phahameng se halalelang,+
Jehova o talimile lefatšeng a le maholimong,+
20 Hore a utloe ho feheloa ha motšoaruoa,+
Hore a lokolle ba behetsoeng lefu;+
21 Hore lebitso la Jehova le boleloe Sione+
Thoriso ea hae e boleloe Jerusalema,+
22 Ha lichaba tsohle li phutheha hammoho,+
Le mebuso hore e sebeletse Jehova.+
24 Ke ile ka re: “Molimo oa ka,
U se ke ua ntlosa halofong ea matsatsi a ka;+
Lilemo tsa hao li teng ho pholletsa le meloko eohle.+
26 Li tla timela, empa u tla ’ne u eme;+
Li tla tsofala kaofela ha tsona feela joaloka seaparo.+
Feela joaloka liaparo u tla beha ho hong sebakeng sa tsona, ’me li tla qeta nako ea tsona.+
27 Empa uena ha u fetohe, ’me lilemo tsa hao li ke ke tsa phethoa.+
28 Bara ba bahlanka ba hao ba tla tsoela pele ho lula;+
Bana ba bona ba tla tiisoa ka thata ka pel’a hao.”+
Ea Davida.
103 Boka Jehova, Uena moea oa ka,+
Esita le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka hare ho ’na, e boke lebitso la hae le halalelang.+
2 Boka Jehova, Uena moea oa ka,
U se ke ua lebala liketso tsohle tsa hae,+
3 Eena ea tšoarelang liphoso tsohle tsa hao,+
Ea folisang mafu ’ohle a hao,+
4 Ea pholosang bophelo ba hao sekoting,+
Ea u roesang moqhaka oa mosa o lerato le mehauhelo,+
5 Ea khotsofatsang nako ea hao ea bophelo ka se molemo;+
Bocha ba hao bo lula bo inchafatsa feela joaloka ba ntsu.+
6 Jehova o phethisa liketso tsa ho loka+
Le liqeto tsa boahloli bakeng sa bohle ba ntseng ba etsetsoa bolotsana.+
9 A ke ke a lula a fumana molato ka ho sa feleng,+
Kapa a lule a halefile ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
10 Ha aa re etsa ho ea ka libe tsa rōna;+
Leha e le hore o re tliselitse se re tšoanelang ho ea ka liphoso tsa rōna.+
11 Etsoe joalokaha maholimo a phahame ho feta lefatše,+
Mosa oa hae o lerato o phahame ho ba mo tšabang.+
12 Joalokaha bochaba-tsatsi bo le hōle le bophirima-tsatsi,+
Ka ho tšoanang o suthiselitse litlōlo tsa rōna hōle le rōna.+
15 Ha e le motho ea shoang, matsatsi a hae a joaloka a joang bo botala;+
O thunya joaloka thunthung ea naha.+
16 Etsoe moea o feta holim’a eona, ’me ha e sa le eo;+
Sebaka sa eona ha se sa tla hlola se e amohela.+
17 Empa mosa o lerato oa Jehova o teng ho tloha nakong e sa lekanyetsoang esita le ho isa nakong e sa lekanyetsoang+
Ho ba mo tšabang,+
Le ho loka ha hae ho bara ba bara,+
18 Ho ba bolokang selekane sa hae+
Le ho ba hopolang litaelo tsa hae e le hore ba ka li phetha.+
19 Jehova o tiisitse terone ea hae ka thata maholimong;+
Borena ba hae bo ’nile ba ba le taolo holim’a ntho e ’ngoe le e ’ngoe.+
20 Bokang Jehova, Lōna mangeloi+ a hae, a matla ka bonatla, a phethang taelo ea hae,+
Ka ho mamela lentsoe la taelo ea hae.+
22 Bokang Jehova, lōna mesebetsi eohle ea hae,+
Libakeng tsohle tsa taolo ea hae.+
Boka Jehova, Uena moea oa ka.+
104 Boka Jehova, Uena moea oa ka.+
Jehova Molimo oa ka, u moholo haholo.+
U apere ho hlompheha le bokhabane,+
2 U apere leseli joalokaha eka ke seaparo,+
U otlolla maholimo joaloka lesela la tente,+
3 Ea hahang likamore tsa hae tse ka holimo ka libalaka ka metsing,+
Ea etsang maru koloi ea hae,+
Ea tsamaeang holim’a mapheo a moea,+
4 Ea etsang mangeloi a hae meea,+
Ea etsang basebeletsi ba hae mollo o timetsang.+
5 O thehile lefatše holim’a libaka tsa lona tse tiisitsoeng;+
Le ke ke la sisinngoa ho isa nakong e sa lekanyetsoang, kapa ka ho sa feleng.+
7 Ha u a khalemela ka matla a ile a qala ho baleha;+
Ha ho utloahala sealuma sa hao a mathisoa ka ho tšoha—
Lithota tsa theoha—
Ho ea sebakeng seo u li thehetseng sona.
11 Ka ho tsoelang pele li noesa libata tsohle tsa naha e sabaletseng;+
Liqoaha+ li tima lenyora la tsona kamehla.
12 Libōpuoa tse fofang tsa maholimo li ba le lihlaha holim’a tsona;+
Li ntse li ntša molumo har’a makhasi a teteaneng.+
13 O nosetsa lithaba a le likamoreng tsa hae tse ka holimo.+
Lefatše le khotsofetse ke litholoana tsa mesebetsi ea hao.+
14 O melisa joang bo botala bakeng sa liphoofolo,+
Le limela bakeng sa ho sebelisoa ke moloko oa batho,+
Ho etsa hore lijo li hlahe lefatšeng,+
15 Le veine e thabisang pelo ea motho ea shoang,+
Ho khantša sefahleho ka oli,+
Le bohobe bo matlafatsang pelo ea motho ea shoang.+
16 Lifate tsa Jehova li khotsofetse,
Likedare tsa Lebanone tseo a li lemmeng,+
17 Moo linonyana li etsang lihlaha.+
Ha e le mokotatsie, ntlo ea oona ke lifate tsa junipere.+
24 Jehova, mesebetsi ea hao e mengata hakaakang!+
Kaofela ha eona u e entse ka bohlale.+
Lefatše le tletse lihlahisoa tsa hao.+
25 Ha e le leoatle lena le leholo le le pharaletseng,+
Moo ho na le lintho tse tsamaeang tse se nang palo,+
Libōpuoa tse phelang, tse nyenyane hammoho le tse khōlō.+
29 Ha u pata sefahleho sa hao, lia khathatseha.+
Ha u tlosa moea oa tsona, lia shoa,+
Li khutlela lerōleng la tsona.+
31 Khanya ea Jehova e tla ba teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
Jehova o tla thabela mesebetsi ea hae.+
33 Ke tla binela Jehova bophelong bohle ba ka;+
Ke tla binela Molimo oa ka lipina tsa thoriso hafeela ke ntse ke le teng.+
35 Baetsalibe ba tla timetsoa lefatšeng;+
Ha e le ba khopo, ha ba sa tla hlola ba e-ba teng.+
Boka Jehova, Uena moea oa ka. Rorisang Jah!+
2 Mo bineleng, mo tsanyaoleleng lipina tsa thoriso,+
Le nahanisise ka mesebetsi eohle ea hae e hlollang.+
5 Hopolang mesebetsi ea hae e hlollang eo a e entseng,+
Mehlolo ea hae le liqeto tsa boahloli tsa molomo oa hae,+
6 Lōna peō ea Abrahama mohlanka oa hae,+
Lōna bara ba Jakobo, bakhethoa ba hae.+
8 O hopotse selekane sa hae esita le ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+
Lentsoe leo a le laetseng, ho isa melokong e sekete,+
9 Selekane seo a se hlabileng le Abrahama,+
Le polelo ea hae e hlapanyelitsoeng ho Isaka,+
10 Le polelo eo a e emisitseng e le molao oa tsamaiso esita le ho Jakobo,
E le selekane se hlolang ka nako e sa lekanyetsoang esita le ho Iseraele,+
11 A re: “Ke tla le fa naha ea Kanana+
E le kabelo ea lefa la lōna.”+
13 Ba ’na ba tsamaea ho tloha sechabeng se seng ho ea ho se seng,+
Ho tloha ’musong o mong ho ea ho batho ba bang.+
14 Ha aa ka a lumella motho leha e le ofe hore a ba etsetse bolotsana,+
Empa a khalemela marena ka lebaka la bona,+
15 A re: “Le se ke la ama batlotsuoa ba ka,+
Le se ke la etsa letho le lebe ho baprofeta ba ka.”+
16 A bitsetsa tlala lefatšeng;+
A roba molamu o mong le o mong oo mahobe a lesoba hare a fanyehiloeng ho oona.+
18 Ba utloisa maoto a hae bohloko ka litlamo,+
Moea oa hae oa kena litšepeng;+
19 Ho fihlela nakong eo ka eona lentsoe la hae le ileng la fihla,+
Polelo ea Jehova ea mo hloekisa.+
21 A mo beha hore e be monghali oa ba ntlo ea hae+
Le hore e be ’musi holim’a thepa eohle ea hae,+
22 Hore a tlame likhosana tsa hae ka mokhoa o lumellanang le moea oa hae+
Le hore a ka ruta esita le banna ba hae ba hōlileng bohlale.+
24 A ’na a atisa batho ba hae haholo,+
Butle-butle a etsa hore ba be matla ho feta bahanyetsi ba bona.+
25 A tlohela lipelo tsa bona hore li fetohe e le hore li hloee batho ba hae,+
Ho itšoara ka mokhoa o mano khahlanong le bahlanka ba hae.+
36 A bolaea letsibolo le leng le le leng naheng ea bona,+
Tšimoloho ea matla ’ohle a bona a ho ikatisa.+
42 Etsoe o ile a hopola lentsoe la hae le halalelang ho mohlanka oa hae Abrahama.+
43 Kahoo a ntša batho ba hae ka thabo e khaphatsehang,+
Bakhethoa ba hae a ba ntša ka mohoo oa thabo.+
44 Butle-butle a ba fa linaha tsa lichaba,+
Ba ’na ba rua lihlahisoa tsa mosebetsi o boima oa lihlopha tsa lichaba,+
45 E le hore ba ka boloka melao ea hae ea tsamaiso+
Ba boloka melao ea hae.+
Rorisang Jah!+
Lebohang Jehova, kaha o molemo;+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
2 Ke mang ea ka bolelang liketso tse matla tsa Jehova,+
Kapa ea ka etsang hore thoriso eohle ea hae e utluoe?+
4 Nkhopole, Jehova, ka kamohelo ho batho ba hao.+
Ntlhokomele ka poloko ea hao,+
5 E le hore nka bona molemo oa bakhethoa ba hao,+
E le hore nka thaba ka thabo ea sechaba sa hao,+
E le hore nka ithorisa ka lefa la hao.+
7 Ha e le baholo-holo ba rōna Egepeta,
Ha baa ka ba bontša temohisiso leha e le efe mesebetsing ea hao e hlollang.+
Ha baa ka ba hopola bongata ba mosa oa hao o lerato o moholo,+
Empa ba rabela leoatleng, haufi le Leoatle le Lefubelu.+
9 Ka lebaka leo a khalemela Leoatle le Lefubelu ka matla, ’me butle-butle la psha;+
A qala ho ba tsamaisa ho pholletsa le boliba joalokaha eka ke ho pholletsa le lefeella;+
10 Kahoo a ba pholosa letsohong la ea ba hloileng+
A ba pholosa letsohong la sera.+
19 Ho feta moo, ba etsa namane Horebe+
Ba inamela setšoantšo se entsoeng ka ho qhibilihisoa,+
20 Hoo ba ileng ba nkela khanya ea ka sebaka+
Ka setšoantšo sa poho, e jang limela.+
21 Ba lebala Molimo Mopholosi oa bona,+
Moetsi oa lintho tse khōlō Egepeta,+
22 Mesebetsi e hlollang naheng ea Kama,+
Lintho tse tšabehang Leoatleng le Lefubelu.+
23 O ne a le lekhatheng la ho re ba felisoe,+
Hoja e ne e se ka Moshe mokhethoa oa hae,
Ea ileng a ema sekheong se ka pel’a hae,+
Hore a khutlise khalefo ea hae hore a se ke a ba felisa.+
26 Kahoo a phahamisa letsoho la hae ka kano malebana le bona,+
Hore o ne a tla ba liha lefeelleng,+
27 Le hore o ne a tla liha bana ba bona har’a lichaba,+
Le hore o ne a tla ba hasanya har’a linaha.+
32 Ho ekelletsa moo, ba baka khalefo metsing a Meriba,+
Hoo lintho li ileng tsa tsamaela Moshe hampe ka lebaka la bona.+
38 Kahoo ba ’na ba tšolla mali a hlokang molato,+
Mali a bara ba bona le barali ba bona,
Bao ba ileng ba ba hlabela litšoantšo tse rapeloang tsa Kanana;+
Naha ea silafala ke tšollo ea mali.+
39 Ba fetoha ba sa hloekang ke mesebetsi ea bona+
Ba ’na ba e-ba le likamano tse litšila ka mesebetsi ea bona.+
41 Khafetsa a nehelana ka bona matsohong a lichaba,+
E le hore ba ba hloileng ba ka ba busa,+
42 Le hore lira tsa bona li ka ba hatella,
Le hore ba ka kokobetsoa tlas’a matsoho a tsona.+
43 Ka makhetlo a mangata o ne a ba lopolla,+
Empa bona ba ne ba rabela tseleng ea bona ea ho se mamele,+
Ba ne ba theoleloa tlaase ka lebaka la liphoso tsa bona.+
45 O ne a hopola selekane sa hae malebana le bona,+
O ne a ikutloa a soabile ho ea ka bongata ba mosa oa hae o lerato o moholo.+
47 Re pholose, Jehova Molimo oa rōna,+
U re phuthe lichabeng+
Hore re lebohe lebitso la hao le halalelang,+
Hore re bue ka thabo e khaphatsehang ka thoriso ea hao.+
48 Ho bokoe Jehova Molimo oa Iseraele+
Ho tloha nakong e sa lekanyetsoang esita le ho isa nakong e sa lekanyetsoang;
Batho bohle ba tla re Amen.+
Rorisang Jah!+
BUKA EA BOHLANO
107 Lebohang Jehova, kaha o molemo;+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
2 Ba pholositsoeng ba Jehova ba ke ba rialo,+
Bao a ba pholositseng letsohong la mohanyetsi,+
3 Le bao a ba phuthileng linaheng,+
Ho tsoa bochaba-tsatsi le ho tsoa bophirima-tsatsi,+
Ho tsoa leboea le ho tsoa boroa.+
4 Ba ile ba lelera lefeelleng,+ lehoatateng;+
Ha baa ka ba fumana tsela leha e le efe e eang motseng oa bolulo.+
6 Ba ’na ba hoeletsa ho Jehova mahlomoleng a bona;+
A ba lopolla likhatellong tsa bona,+
7 A ba tsamaisa ka tsela e nepahetseng,+
E le hore ba ka tla motseng oa bolulo.+
8 Batho ba ke ba lebohe Jehova ka mosa oa hae o lerato+
Le ka mesebetsi ea hae e hlollang ho bara ba batho.+
10 Ho na le ba neng ba lula botšong le moriting o lefifi,+
Batšoaruoa ba leng mahlorehong le litšepeng.+
11 Etsoe ba ne ba fetohetse+ lipolelo tsa Molimo;+
Ba ne ba hlompholotse keletso+ ea Ea Phahameng ka ho Fetisisa.
13 Ba qala ho hoeletsa ho Jehova ho kōpa thuso mahlomoleng a bona;+
Joalokaha e le tloaelo a ba pholosa likhatellong tsa bona.+
15 Batho ba ke ba lebohe Jehova ka mosa oa hae o lerato+
Le ka mesebetsi ea hae e hlollang ho bara ba batho.+
17 Bao e neng e le maoatla, ka lebaka la litsela tsa litlōlo tsa bona+
Le ka lebaka la liphoso tsa bona, qetellong ba ile ba ipakela mahloreho.+
19 Ba qala ho hoeletsa ho Jehova ho kōpa thuso mahlomoleng a bona;+
Joalokaha e le tloaelo a ba pholosa likhatellong tsa bona.+
21 Batho ba ke ba lebohe Jehova ka mosa oa hae o lerato+
Le ka mesebetsi ea hae e hlollang ho bara ba batho.+
23 Ba theohelang leoatleng ka likepe,+
Ba etsang mosebetsi metsing a mangata,+
24 Ke bona ba boneng mesebetsi ea Jehova+
Le mesebetsi ea hae e hlollang malibeng;+
25 Kamoo a ntšang taelo le ho tsosa moea o matla oa sefefo,+
Hoo le phahamisang maqhubu a lona.+
27 Baa thekesela ’me ba therekela joaloka motho ea tahiloeng,+
Esita le bohlale bohle ba bona bo ferekane.+
31 Batho ba ke ba lebohe Jehova ka mosa oa hae o lerato+
Le ka mesebetsi ea hae e hlollang ho bara ba batho.+
33 O fetola linōka hore e be lefeella,+
Le metsi a phallang o a fetola mobu o nyoriloeng,+
34 Naha e behang o e fetola naha ea letsoai,+
Ka lebaka la bobe ba ba lulang ho eona.
35 O fetola lefeella hore e be letamo la metsi le nang le lehlaka,+
Le naha ea sebaka se se nang metsi o e fetola metsi a phallang.+
38 Oa ba hlohonolofatsa e le hore ba ngatafale haholo;+
Ha a lumelle likhomo tsa bona hore li fokotsehe.+
40 O tšollela nyeliso holim’a bahlomphehi,+
Hoo a etsang hore ba lelere sebakeng se se nang sebōpeho, moo ho se nang tsela.+
42 Ba lokileng baa bona ’me baa thaba;+
Empa ha e le ho se loke hohle, ho lokela ho koala molomo oa hona.+
43 Ke mang ea bohlale? O tla hlokomela lintho tsena+
A ele hloko liketso tsa Jehova tsa mosa o lerato.+
Pina. Pina ea thoriso ea Davida.
108 Pelo ea ka e tiile, Molimo.+
Ke tla bina ’me ke tsanyaole lipina tsa thoriso,+
Esita le khanya ea ka.+
3 Ke tla u roka har’a lichaba, Jehova;+
Ke tla u binela lipina tsa thoriso har’a lihlopha tsa lichaba.+
4 Etsoe mosa oa hao o lerato o moholo ho ea fihla maholimong,+
Le ’nete ea hao e khōlō ho ea fihla maholimong.+
7 Molimo o buile khalalelong ea hae:+
“Ke tla thaba, ke tla fana ka Shekeme+ e le kabelo;+
Ke tla lekanya khohlo ea Sukothe.+
8 Gileade+ ke ea ka; Manase+ ke ea ka;
Efraime ke qhobosheane ea motho oa ka ea ka sehloohong;+
Juda ke lere la ka la molaoli.+
10 Ke mang ea tla ntlisa motseng o etselitsoeng qhobosheane?+
Ke mang ea tla ntsamaisa ho ea fihla Edomo?+
Ho motsamaisi. Ea Davida. Pina ea thoriso.
109 Molimo oa thoriso ea ka,+ u se ke ua khutsa.+
2 Etsoe molomo oa ea khopo le molomo oa thetso o nkahlametse.+
Ba buile ka ’na ka leleme la leshano;+
3 Ba mpota-potile ka mantsoe a lehloeo,+
Ba ntse ba ntoantša ntle ho lebaka.+
6 Beha ea khopo hore a mo okamele,
E se eka mohanyetsi+ a ka lula a eme ka letsohong la hae le letona.
11 Ea alimanang ’me a batla tsoala a ke a chehe lifi bakeng sa sohle seo a nang le sona,+
Basele+ ba ke ba tlatlape sehlahisoa sa hae se fumanoeng ka ho sehla.+
12 E se eka ho ke ke ha e-ba le ea mo bontšang mosa o lerato,+
E se eka ho ke ke ha e-ba le ea bontšang mohau ho bashanyana ba hae ba se nang bo-ntate.
15 Li ke li be ka pel’a Jehova kamehla;+
E se eka a ka felisa ho hopoloa ha tsona lefatšeng;+
16 Ka lebaka la hore ha aa ka a hopola ho bontša mosa o lerato,+
Empa a ’na a lelekisa motho ea hlorileng le ea futsanehileng+
Le ea nyahameng pelong, hore a mo bolaee.+
17 A ’na a rata bomalimabe,+ hoo bo ileng ba mo oela holimo;+
Ha aa ka a khahloa ke tlhohonolofatso,+
Hoo e ileng ea e-ba hōle le eena;+
18 A apara bomalimabe e le seaparo sa hae.+
Kahoo ba tla ho eena joaloka metsi+
Le joaloka oli masapong a hae.
19 E se eka ho eena bo ka ba joaloka seaparo seo a ikapesang sona+
Le joaloka senyepa seo a lulang a itlamile ka sona kamehla.+
21 Empa ke uena Jehova ’Musi+ Morena.
Sebetsana le ’na ka lebaka la lebitso la hao.+
Kahobane mosa oa hao o lerato o molemo, u ntopolle.+
28 Ba ke ba phatlalatse bomalimabe,+
Empa e se eka uena u ka phatlalatsa tlhohonolofatso.+
Ba phahame, empa ba ke ba hlajoe ke lihlong,+
Mohlanka oa hao a ke a thabe.+
29 Ba nkhanyetsang ba ke ba apare ho tlotlolloa,+
Ba ikapese lihlong tsa bona feela joalokaha eka ke seaparo se se nang matsoho.+
31 Etsoe o tla ema ka letsohong le letona la mofutsana,+
Hore a mo pholose ho ba ahlolang moea oa hae.
Ea Davida. Pina ea thoriso.
110 Polelo ea Jehova ho Morena oa ka ke hore:+
“Lula ka letsohong la ka le letona+
Ho fihlela ke beha lira tsa hao joaloka setuloana sa maoto a hao.”+
2 Jehova o tla romela molamu+ oa matla a hao ho tsoa Sione,+ a re:
“Qala ho busa har’a lira tsa hao.”+
3 Batho ba hao+ ba tla itlhahisa ka ho rata+ letsatsing la lebotho la hao la sesole.+
Bokhabaneng ba khalalelo,+ ho tsoa pōpelong ea mafube,
U na le sehlopha sa bahlankana ba joaloka marotholi a phoka.+
4 Jehova o hlapantse+ (a ke ke a ikutloa a soabile):+
“U moprista ho isa nakong e sa lekanyetsoang+
Ho ea ka mokhoa oa Melkizedeke!”+
5 Jehova ka letsohong la hao le letona+
Ka sebele o tla roba marena likoto letsatsing la bohale ba hae.+
6 O tla phethahatsa kahlolo har’a lichaba;+
O tla etsa hore ho tlale litopo.+
Ka sebele ea ka sehloohong holim’a naha e nang le baahi ba bangata o tla mo roba likoto.+
7 O tla noa phuleng ea molapo o phoroselang e tseleng.+
Ke ka lebaka leo a tla phahamisetsa hlooho ea hae holimo.+
א [ʼAleph]
Ke tla roka Jehova ka pelo ea ka eohle+
ב [Behth]
Sehlopheng sa metsoalle e haufi-ufi+ sa ba lokileng le phuthehong.+
ג [Gimel]
ה [Heʼ]
ז [Zayin]
ט [Tehth]
י [Yohdh]
O tla hopola selekane sa hae ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
כ [Kaph]
מ [Mem]
7 Mesebetsi ea matsoho a hae ke ’nete le kahlolo;+
נ [Nun]
Litaelo tsohle tseo a fanang ka tsona lia tšepahala,+
ס [Samekh]
8 Li tšehelitsoe hantle ka ho sa feleng, ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+
ע [ʽAyin]
Li entsoe ka ’nete le ho loka.+
פ [Peʼ]
9 O rometse topollo ho batho ba hae.+
צ [Tsadheh]
O laetse selekane sa hae ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
ק [Qohph]
Lebitso la hae lea halalela ’me lea tšabeha.+
ר [Rehsh]
10 Ho tšaba Jehova ke tšimoloho ea bohlale.+
ש [Sin]
Bohle ba li phethang ba na le temohisiso e molemo.+
ת [Taw]
Thoriso ea hae e eme ka ho sa feleng.+
ג [Gimel]
2 Bana ba hae ba tla ba matla lefatšeng.+
ד [Daleth]
Ha e le moloko oa ba lokileng, o tla hlohonolofatsoa.+
ה [Heʼ]
ז[Zayin]
ט [Tehth]
כ [Kaph]
6 Etsoe ha ho nako eo ka eona a tla therekelisoa.+
ל [Lamedh]
Ea lokileng o tla hopoloa ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
מ [Mem]
ס [Samekh]
פ [Peʼ]
9 O abile ka ho pharaletseng; o file mafutsana.+
צ [Tsadheh]
Ho loka ha hae ho eme ka ho sa feleng.+
ק [Qohph]
Lenaka la hae le tla phahamisoa ka khanya.+
ר [Rehsh]
10 Ea khopo o tla bona ’me ka sebele a khathatsehe.+
ש [Shin]
O tla tsikitlanya meno ’me a fokole.+
ת [Taw]
Takatso ea ba khopo e tla fela.+
2 E se eka lebitso la Jehova le ka bokoa+
Ho tloha joale ho ea pele le ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
6 O itheola boemong hore a talime leholimong le lefatšeng,+
7 O phahamisa ea tlaase lerōleng;+
O phahamisa ea futsanehileng sekoting sa molora,+
8 Ho mo lulisa le bahlomphehi,+
Le bahlomphehi ba sechaba sa hae.+
114 Ha Baiseraele ba tsoa Egepeta,+
Ntlo ea Jakobo e tsoa ho batho ba buang ka mokhoa o sa utloisiseheng,+
2 Juda e ile ea e-ba sebaka sa hae se halalelang,+
Iseraele ea e-ba sebaka sa hae se seholo se pusong ea hae.+
5 Molato e ne e le eng ka uena, leoatle, hore ebe u ile ua baleha,+
Uena Jordane, hore ebe u ile ua qala ho khutlela morao?+
6 Lōna lithaba, hore ebe le ile la qala ho tlōla-tlōla joaloka lipheleu;+
Lōna maralla, la tlōla-tlōla joaloka likonyana?+
7 Utloa bohloko bo boholo ka lebaka la Morena, Uena lefatše,+
Ka lebaka la Molimo oa Jakobo,
8 Ea fetolang lefika hore e be letamo la metsi le nang le lehlaka,+
Ea fetolang lefika le thata hore e be seliba sa metsi.+
115 Ha ho letho leo e leng la rōna, Jehova, ha ho letho leo e leng la rōna,+
Empa u tlotlise lebitso la hao+
Ho ea ka mosa oa hao o lerato, ho ea ka ’nete ea hao.+
3 Empa Molimo oa rōna o maholimong;+
O entse ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a ileng a thabela ho e etsa.+
4 Litšoantšo tsa bona tse rapeloang ke silevera le khauta,+
Mosebetsi oa matsoho a motho oa lefatše.+
5 Li na le melomo, empa ha li bue;+
Li na le mahlo, empa ha li bone;+
6 Li na le litsebe, empa ha li utloe.+
Li na le linko, empa ha li fofonele.+
7 Li na le matsoho, empa ha li ame.+
Li na le maoto, empa ha li tsamaee;+
Ha li ntše molumo ka ’metso ea tsona.+
12 Jehova o re hopotse; o tla hlohonolofatsa,+
O tla hlohonolofatsa ntlo ea Iseraele,+
O tla hlohonolofatsa ntlo ea Arone.+
3 Liropo tsa lefu li ile tsa mpota-pota+
Maemo a bakang mahlomola a Sheole a mphumana.+
Ka ’na ka fumana mahlomola le mesarelo.+
7 Khutlela sebakeng sa hao sa phomolo, Uena moea oa ka,+
Etsoe Jehova o u entse ka mokhoa o loketseng.+
9 Ke tla tsamaea+ ka pel’a Jehova linaheng tsa ba phelang.+
Etsoe ’na ke mohlanka oa hao.+
Ke mohlanka oa hao, mora oa lekhabunyane la hao.+
U lokolotse marapo a ka.+
18 Ke tla phetha boitlamo ba ka ho Jehova,+
E, ka pel’a batho bohle ba hae,+
19 Mabaleng a ntlo ea Jehova,+
Ka hare ho uena, Jerusalema.+
Rorisang Jah!+
2 Etsoe mosa oa hae o lerato o bile moholo ho rōna;+
’Nete+ ea Jehova e teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.
Rorisang Jah!+
118 Lebohang Jehova, kaha o molemo;+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
2 Joale Baiseraele ba ke ba re:
“Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”+
3 Joale ba ntlo ea Arone ba ke ba re:+
“Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”+
4 Joale ba tšabang Jehova ba ke ba re:+
“Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”+
5 Ke ipilelitse ho Jah maemong a bakang mahlomola;+
Jah o ile a araba ’me a nkenya sebakeng se seholo.+
11 Tsa mpota-pota, e, tsa etsa hore ke pota-potoe.+
Ka ’na ka li boloka li le hōle ka lebitso la Jehova.
12 Tsa mpota-pota joaloka linotši;+
Tsa felisoa joaloka mollo oa lihlahla tse meutloa.+
Ka ’na ka li boloka li le hōle ka lebitso la Jehova.+
Letsoho le letona la Jehova le bonahatsa mafolofolo.+
16 Letsoho le letona la Jehova lea iphahamisa;+
Letsoho le letona la Jehova le bonahatsa mafolofolo.+
27 Jehova ke Ea Nang le Bomolimo,+
O re fa leseli.+
Khabisang mokoloko oa mokete+ ka makala,+
Ho ea fihla manakeng a aletare.+
29 Lebohang Jehova, etsoe o molemo;+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
א [ʼAleph]
ב [Behth]
ג [Gimel]
17 Etsa mohlanka oa hao ka mokhoa o loketseng, e le hore nka phela+
Le hore nka boloka lentsoe la hao.+
23 Esita le likhosana li lutse; li buisane khahlanong le ’na.+
Ha e le mohlanka oa hao, o nahanisisa ka melao ea hao ea tsamaiso.+
ד [Daleth]
27 Etsa hore ke utloisise tsela ea litaelo tsa hao,+
E le hore nka nahanisisa ka mesebetsi ea hao e hlollang.+
ה [Heʼ]
33 Jehova, u nthute ka tsela ea melao ea hao ea tsamaiso,+
E le hore nka e boloka ho fihlela qetellong.+
ו [Waw]
41 E se eka mosa oa hao o lerato o ka tla ho ’na, Jehova,+
Poloko ea hao e tle ho ’na ho ea ka polelo ea hao,+
42 E le hore nka araba ka lentsoe ea ’nyelisang,+
Etsoe ke tšepile lentsoe la hao.+
43 U se ke ua tlosa lentsoe la ’nete molomong oa ka ka ho feletseng,+
Etsoe ke letetse qeto ea hao ea boahloli.+
48 Ke tla phahamisetsa liatla tsa ka litaelong tsa hao tseo ke li ratileng,+
Ke tla nahanisisa ka melao ea hao ea tsamaiso.+
ז [Zayin]
52 Ke hopotse liqeto tsa hao tsa boahloli ho tloha nakong e sa lekanyetsoang, Jehova,+
Ke iphumanela matšeliso.+
ח [Chehth]
ט [Tehth]
69 Ba iketelletsang pele ba ’netile ka leshano.+
Ha e le ’na, ke tla boloka litaelo tsa hao ka pelo ea ka eohle.+
72 Molao+ oa molomo oa hao o molemo ho ’na,+
O molemo haholo ho feta likotoana tse likete tsa khauta le silevera.+
י [Yohdh]
73 Matsoho a hao a nkentse, ’me a ile a qala ho ntiisa.+
Etsa hore ke utloisise, e le hore nka ithuta litaelo tsa hao.+
75 Jehova, ke tseba hantle hore liqeto tsa hao tsa boahloli li lokile+
Le hore u ntlhorisitse ka botšepehi.+
76 Ka kōpo, e se eka mosa oa hao o lerato o ka ntšelisa,+
Ho ea ka polelo ea hao ho mohlanka oa hao.+
78 Ba iketelletsang pele ba hlajoe ke lihlong, etsoe ba nkhelositse ntle ho lebaka.+
Ha e le ’na, ke nahanisisa ka litaelo tsa hao.+
80 Pelo ea ka e be e se nang molato melaong ea hao ea tsamaiso,+
E le hore ke tle ke se ke ka hlajoa ke lihlong.+
כ [Kaph]
ל [Lamedh]
90 Botšepehi ba hao bo teng ho isa molokong o mong ka mor’a o mong.+
U tiisitse lefatše, e le hore le ka lula le eme.+
91 Ho ea ka liqeto tsa hao tsa boahloli ba eme ho fihlela kajeno,+
Etsoe ke bahlanka ba hao kaofela.+
93 Nke ke ka lebala litaelo tsa hao ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+
Etsoe u mpolokile ke phela ka tsona.+
95 Ba khopo ba letetse ’na, hore ba ntimetse.+
Ke ntse ke iponahatsa ke ela hloko likhopotso tsa hao.+
מ [Mem]
98 Taelo ea hao e ntlhalefisa ho feta lira tsa ka,+
Kahobane ke ea ka ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
99 Ke na le temohisiso e fetang ea mesuoe eohle ea ka,+
Kahobane ke nahanisisa ka likhopotso tsa hao.+
101 Ke thibile maoto a ka tseleng e ’ngoe le e ’ngoe e mpe,+
Ka morero oa hore ke boloke lentsoe la hao.+
103 Lipolelo tsa hao e bile tse thellang hakaakang mahalapeng a ka,
Ho feta mahe a linotši molomong oa ka!+
104 Ke itšoara ka kutloisiso ka lebaka la litaelo tsa hao.+
Ke ka lebaka leo ke hloileng tsela e ’ngoe le e ’ngoe ea bohata.+
נ [Nun]
108 Jehova, ka kōpo u khahlisoe ke linyehelo tsa boithaopo tsa molomo oa ka,+
U nthute liqeto tsa hao tsa boahloli.+
111 Ke nkile likhopotso tsa hao e le leruo ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+
Etsoe ke thabo e khaphatsehang ea pelo ea ka.+
112 Ke entse hore pelo ea ka e sekamele ho phetheng melao ea hao ea tsamaiso+
Ho isa nakong e sa lekanyetsoang, ho fihlela qetellong.+
ס [Samekh]
116 Ntšehetse ho ea ka polelo ea hao, e le hore nka lula ke phela,+
U se ke ua ntlhabisa lihlong bakeng sa tšepo ea ka.+
118 U hasantse bohle ba khelohang melaong ea hao ea tsamaiso;+
Etsoe ho qhekella ha bona ke leshano.+
119 U felisitse bohle ba khopo ba lefatše joaloka manya a okolehang.+
Ka hona ke ratile likhopotso tsa hao.+
120 Nama ea ka e bile le boikutlo bo sisimosang ka lebaka la ho u tšaba;+
Ke tšohile ka lebaka la liqeto tsa hao tsa boahloli.+
ע [ʽAyin]
122 Ipehe paneng bakeng sa mohlanka oa hao bakeng sa se molemo.+
E se eka ba iketelletsang pele ba ke ke ba nketsetsa bolotsana.+
128 Ke ka lebaka leo ke nkileng litaelo tsohle tsa hao mabapi le lintho tsohle e le tse nepahetseng;+
Ke hloile tsela e ’ngoe le e ’ngoe ea bohata.+
פ [Peʼ]
132 Retelehela ho ’na ’me u mpontše mohau,+
Ho ea ka qeto ea hao ea boahloli ho ba ratang lebitso la hao.+
133 Tiisa mehato ea ka polelong ea hao,+
E se eka ho ke ke ha e-ba le mofuta oa ntho e kotsi e ka nkhatellang.+
צ [Tsadheh]
144 Ho loka ha likhopotso tsa hao ho teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
Etsa hore ke utloisise, e le hore nka lula ke phela.+
ק [Qohph]
147 Ke tsohile esale hoseng ka meso,+ e le hore nka hoeletsa ho kōpa thuso.+
Ke letetse mantsoe a hao.+
149 U utloe lentsoe la ka ho ea ka mosa oa hao o lerato.+
Jehova, u mpoloke ke phela ho ea ka qeto ea hao ea boahloli.+
152 Ke tsebile tse ling tsa likhopotso tsa hao khale,+
Etsoe u li thehile ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
ר [Rehsh]
160 Boleng ba lentsoe la hao ke ’nete,+
Qeto e ’ngoe le e ’ngoe ea hao ea boahloli e lokileng e teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
ש [Sin] kapa [Shin]
Feela joalokaha motho a thaba ka ho fetisisa ha a fumana thepa e ngata e hapuoeng.+
164 Ke u rorisitse ka makhetlo a supileng ka letsatsi+
Ka lebaka la liqeto tsa hao tsa boahloli tse lokileng.+
168 Ke bolokile litaelo tsa hao le likhopotso tsa hao,+
Etsoe litsela tsohle tsa ka li ka pel’a hao.+
ת [Taw]
169 E se eka mohoo oa ka oa kōpo e tiileng o ka atamela ka pel’a hao, Jehova.+
Ho ea ka lentsoe la hao, u etse hore ke utloisise.+
171 E se eka molomo oa ka o ka bua ka thoriso o sa khaotse,+
Etsoe u nthuta melao ea hao ea tsamaiso.+
175 E se eka moea oa ka o ka lula o phela ’me o u rorisa,+
E se eka liqeto tsa hao tsa boahloli li ka nthusa.+
176 Ke hlahlathetse joaloka nku e lahlehileng.+ Batla mohlanka oa hao,+
Etsoe ha kea lebala litaelo tsa hao.+
Pina ea Methati.
5 Ho malimabe ’na, etsoe ke lutse ke le mojaki Mesheke!+
Ke lutse ka nakoana hammoho le litente tsa Kedare.+
Pina ea Methati.
8 Jehova o tla lebela ho tsoa ha hao le ho kena ha hao+
Ho tloha joale ho ea pele le ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
Pina ea Methati. Ea Davida.
3 Jerusalema e hahiloe joaloka motse+
O kopantsoeng hammoho bonngoeng,+
4 Oo meloko e nyolohetseng ho oona,+
Meloko ea Jah,+
E le khopotso ho Iseraele+
Hore e lebohe lebitso la Jehova.+
7 E se eka khotso e ka tsoela pele ka har’a ’mōtōmōtō oa hao,+
Ho se be matšoenyehong ho tsoele pele ka har’a litora tsa hao tsa bolulo.+
8 Joale ke tla bua molemong oa barab’eso le metsoalle ea ka:+
“E se eka ho ka ba le khotso ka hare ho uena.”+
Pina ea Methati.
2 Bonang! Joalokaha mahlo a bahlanka a lebile matsohong a beng ba bona,+
Joalokaha mahlo a lekhabunyane a lebile letsohong la mong’a lona oa mosali,+
Ka ho tšoanang mahlo a rōna a lebile ho Jehova Molimo oa rōna+
Ho fihlela a re bontša mohau.+
4 Moea oa rōna o khotše haholo ke ho fetoloa litšeho ke ba lutseng ka boiketlo,+
Ke ho nyelisoa ke baikakasi.+
Pina ea Methati. Ea Davida.
124 Joale Baiseraele ba ke ba re,+
“Hoja e ne e se hore Jehova o bile le rōna,+
2 Hoja e ne e se hore Jehova o bile le rōna+
Ha batho ba re tsohetse matla,+
3 Joale ba ka be ba re metsitse re ntse re phela,+
Ha bohale ba bona bo ne bo re tukela.+
7 Meea ea rōna e joaloka nonyana e phonyohileng+
Sefing sa ba chehang.+
Sefi se robehile,+
Re phonyohile.+
Pina ea Methati.
Ba joaloka Thaba ea Sione,+ e ke keng ea sisinngoa, empa e lulang ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
2 Jerusalema—joalokaha lithaba li e pota-potile ka hohle,+
Ka ho tšoanang Jehova o pota-potile batho ba hae ka hohle+
Ho tloha joale ho ea pele le ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
3 Etsoe lere la borena la bokhopo le ke ke la lula+ holim’a karolo e abetsoeng ba lokileng,
E le hore ba lokileng ba se ke ba otlollela matsoho holim’a phoso leha e le efe.+
5 Ha e le ba khelohelang litseleng tsa bona tse khopameng,+
Jehova o tla etsa hore ba tsamaee le ba tloaetseng ho etsa se kotsi.+
Ho tla ba le khotso Iseraele.+
Pina ea Methati.
2 Nakong eo melomo ea rōna ea tlala litšeho,+
Maleme a rōna a tlala mohoo oa thabo.+
Nakong eo ba ile ba re har’a lichaba:+
“Jehova o entse ntho e khōlō ka seo a se entseng ho bona.”+
6 Ea tsamaeang, a bile a lla,+
A nkile mokotla o tletseng peō,+
Ruri o tla kena ka mohoo oa thabo,+
A nkile mangata a hae.+
Pina ea Methati. Ea Solomone.
127 Ntle le haeba Jehova a haha ntlo,+
Ke ha lefeela lihahi tsa eona li sebelitseng ka thata ho eona.+
Ntle le haeba Jehova a lebela motse,+
Ke ha lefeela molebeli a lutseng a falimehile.+
2 Ke ha lefeela hore ebe le tsoha hoseng,+
Hore ebe le lula fatše nako e se e ile,+
Hore ebe le ja lijo ka bohloko.+
O fa moratuoa oa hae boroko feela joalo.+
5 Ho thaba monna ea shahlileng ea tlatsitseng+ khohlopo ea hae ka bona.
Ba ke ke ba hlajoa ke lihlong,+
Etsoe ba tla bua le lira hekeng.
Pina ea Methati.
2 Etsoe u tla ja seo u se sehletseng ka thata ka matsoho a hao.+
U tla thaba ’me lintho li tla u tsamaela hantle.+
3 Mosali oa hao o tla ba joaloka sefate sa morara se behang litholoana+
Likarolong tse ka hare-hare tsa ntlo ea hao.
Bara ba hao ba tla ba joaloka mahlōmela a lifate tsa mohloaare+ ho pota-pota tafole ea hao ka hohle.
5 Jehova o tla u hlohonolofatsa ho tsoa Sione.+
Hape bona molemo oa Jerusalema matsatsing ’ohle a bophelo ba hao,+
6 U bone bara ba bara ba hao.+
E se eka ho ka ba le khotso Iseraele.+
Pina ea Methati.
129 Joale Baiseraele ba ke ba re,+
“Ba bontšitse bora ho ’na halelele ka ho lekaneng ho tloha bocheng ba ka,+
2 Ba bontšitse bora ho ’na halelele ka ho lekaneng ho tloha bocheng ba ka;+
Empa leha ho le joalo ha baa ntlhōla.+
6 Ba tla ba joaloka joang bo botala ba marulelo,+
Bo omeletseng pele bo fotholoa,+
7 Boo mokotuli a sa bo tlatsang letsoho la hae,+
Kapa leha e le mang ea bokellang mangata a sa bo tlatsang sefuba sa hae.
8 Leha e le hore ba fetang ba itse:
“Tlhohonolofatso ea Jehova e be holim’a lōna.+
Re le hlohonolofalitse ka lebitso la Jehova.”+
Pina ea Methati.
130 Ke ipilelitse ho uena, Jehova, ke le bolibeng.+
2 Jehova, u utloe lentsoe la ka.+
E se eka litsebe tsa hao li ka mamelisisa lentsoe la likōpo tsa ka tse tiileng.+
6 Moea oa ka o letetse Jehova+
Ho feta balebeli ba letetseng hore e be hoseng,+
Ba lebeletseng hoseng.+
7 Baiseraele ba ’ne ba letele Jehova.+
Etsoe ho na le mosa o lerato ho Jehova,+
Ho na le topollo e ngata ho eena.+
8 O tla lopolla Baiseraele liphosong tsohle tsa bona.+
Pina ea Methati. Ea Davida.
131 Jehova, pelo ea ka ha ea ikhohomosa,+
Leha e le hore mahlo a ka a iphahamisitse;+
Kapa ke tsamaile linthong tse khōlō haholo,+
Kapa linthong tse hlollang haholo ho ’na.+
2 Ka sebele ke tšelisitse ’me ke khutsisitse moea oa ka+
Joaloka ngoana ea sa tsoa khoesoa ha a le ho ’m’ae.+
Ho ’na moea oa ka o joaloka ngoana ea sa tsoa khoesoa.+
Pina ea Methati.
132 Jehova, malebana le Davida+
U hopole ho tlotlolloa hohle ha hae;+
3 “Nke ke ka kena ka tenteng ea ntlo ea ka.+
Nke ke ka ea setulong se kang moalo sa liphate tsa ka tse ntle,+
4 Nke ke ka fa mahlo a ka boroko,+
Kapa ka etsa hore mahlo a ka a khanyang a otsele,+
5 Ho fihlela ke fumanela Jehova sebaka,+
Tabernakele e khōlō bakeng sa Ea Matla oa Jakobo.”+
11 Jehova o hlapanyelitse Davida,+
Kannete a ke ke a checha:+
“Ho tsoang litholoaneng tsa mpa ea hao+
Ke tla ho beha teroneng ea hao.+
12 Haeba bara ba hao ba tla boloka selekane sa ka+
Le likhopotso tsa ka tseo ke tla ba ruta tsona,+
Le bara ba bona ka ho sa feleng+
Ba tla lula holim’a terone ea hao.”+
17 Ke tla etsa hore lenaka la Davida le hōle moo.+
Ke hlophisitse lebone bakeng sa motlotsuoa oa ka.+
Pina ea Methati. Ea Davida.
133 Bonang! Kamoo ho leng hotle le kamoo ho khahlisang kateng
Ha bara ba motho ba lula hammoho bonngoeng!+
2 Ho joaloka oli e ntle holim’a hlooho,+
E theohelang litelung,
Litelung tsa Arone,+
E theohelang molaleng oa liaparo tsa hae.+
3 Ho joaloka phoka+ ea Hermone+
E theohelang holim’a lithaba tsa Sione.+
Etsoe Jehova o laetse hore tlhohonolofatso e be moo,+
Esita le bophelo ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
Pina ea Methati.
Rorisang lebitso la Jehova,+
Fanang ka thoriso, Lōna bahlanka ba Jehova,+
2 Lōna ba emang ka tlung ea Jehova,+
Mabaleng a ntlo ea Molimo oa rōna.+
3 Rorisang Jah, etsoe Jehova o molemo.+
Binelang lebitso la hae lipina tsa thoriso, etsoe lea khahlisa.+
6 Jehova o entse ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a thabetseng ho e etsa+
Maholimong le lefatšeng, maoatleng le malibeng ’ohle.+
7 O nyolla mouoane pheletsong ea lefatše;+
O entse mekoallo ea metsi bakeng sa pula;+
O hlahisa moea matlong a hae a polokelo,+
8 Eena ea bolaileng matsibolo a Egepeta,+
A batho le a liphoofolo.+
9 O ile a romela lipontšo le mehlolo ka hare ho uena, Egepeta,+
Holim’a Faro le holim’a bahlanka bohle ba hae;+
10 Eena ea ileng a bolaea lichaba tse ngata+
A bolaea marena a matla,+
11 Esita le Sihone morena oa Baamore+
Le Oge morena oa Bashane+
Le mebuso eohle ea Kanana,+
12 Le ea ileng a fana ka naha ea tsona e le lefa,+
Lefa ho sechaba sa hae sa Iseraele.+
13 Jehova, lebitso la hao le teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
Jehova, sehopotso sa hao se teng ho isa molokong o mong ka mor’a o mong.+
14 Etsoe Jehova o tla buella nyeoe ea batho ba hae,+
O tla ikutloa a soabile ka lebaka la bahlanka ba hae.+
15 Litšoantšo tse rapeloang tsa lichaba ke silevera le khauta,+
Mosebetsi oa matsoho a motho oa lefatše.+
16 Li na le melomo, empa ha li bue letho;+
Li na le mahlo, empa ha li bone letho;+
17 Li na le litsebe, empa ha li utloe letho.+
Hape ha ho na moea melomong ea tsona.+
136 Lebohang Jehova, etsoe o molemo:+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
4 Ea Etsang lintho tse hlollang, tse khōlō a le mong:+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
5 Ea etsang maholimo ka kutloisiso:+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
6 Ea alang lefatše holim’a metsi:+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
8 Esita le letsatsi hore le laole motšehare:+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
9 Khoeli le linaleli bakeng sa ho laola bosiu li kopane:+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
10 Ea bolaeang matsibolo a Egepeta:+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
11 Le Ea ntšang Baiseraele ka har’a bona:+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
12 Ka letsoho le matla le ka letsoho le otlolohileng:+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;
13 Ea arohanyang Leoatle le Lefubelu likoto:+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
14 Le ea ileng a fetisa Baiseraele bohareng ba lona:+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
15 Le ea ileng a lihela Faro le lebotho la hae la sesole ka Leoatleng le Lefubelu:+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
16 Ea tsamaisang batho ba hae ho pholletsa le lefeella:+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
17 Ea bolaeang marena a maholo:+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
18 Le ea ileng a bolaea marena a hlomphehang:+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
19 Esita le Sihone morena oa Baamore:+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
21 Le ea ileng a fana ka naha ea bona e le lefa:+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
22 Lefa ho mohlanka oa hae Iseraele:+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
23 Ea ileng a re hopola boemong ba rōna bo tlaase:+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
24 Le eo khafetsa a ileng a re tlosa ho bahanyetsi ba rōna:+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
26 Lebohang Molimo oa maholimo:+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
3 Etsoe ba re tšoereng re le baholehuoa ba ile ba re kōpa mantsoe a pina moo,+
Ba re somang—ba re kōpa hore re ba thabise:+
“Re bineleng e ’ngoe ea lipina tsa Sione.”+
6 Leleme la ka le ke le khomarele mahalapeng a ka,+
Haeba nke ke ka u hopola,+
Haeba nke ke ka etsa hore Jerusalema e phahamele
Ka holim’a lebaka la ka la sehlooho la ho thaba.+
7 Jehova, mabapi le bara ba Edomo,+ u hopole+ letsatsi la Jerusalema,+
Ba neng ba re: “E pepeseng! E pepeseng ho fihlela motheong o ka har’a eona!”+
8 Uena morali oa Babylona, ea lokelang ho tlatlapuoa,+
Ho tla thaba ea u putsang+
Ka tšoaro ea hao eo u ileng ua re tšoara ka eona.+
Ea Davida.
2 Ke tla inamela nģ’a tempele ea hao e halalelang,+
Ke tla roka lebitso la hao,+
Ka lebaka la mosa oa hao o lerato+ le ka lebaka la ’nete ea hao.+
Etsoe u hōlisitse polelo+ ea hao esita le ka holim’a lebitso lohle la hao.+
3 Letsatsing leo ke hoelelitseng ka lona, ua boela ua nkaraba;+
Ua qala ho etsa hore ke be sebete moeeng ka matla.+
6 Etsoe Jehova o phahame, leha ho le joalo o bona ea ikokobetsang;+
Empa ea iphahamisang o mo tsebella hōle.+
7 Haeba nka tsamaea har’a mahlomola, u tla mpoloka ke phela.+
U tla otlolla letsoho la hao ka lebaka la bohale ba lira tsa ka,+
Letsoho la hao le letona le tla mpholosa.+
8 Jehova o tla phetha se molemong oa ka.+
Jehova, mosa oa hao o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
U se ke ua lahla mesebetsi ea matsoho a hao.+
Bakeng sa motsamaisi. Ea Davida. Pina ea thoriso.
139 Jehova, u ntlhahlobisisitse ka hohle, ’me ua ntseba.+
5 Ka morao le ka pele, u ntika-tikelitse;
U beha letsoho la hao holim’a ka.
8 Haeba ke ne nka nyolohela leholimong, u ne u tla ba teng;+
Haeba ke ne nka phutholla setulo sa ka se kang bethe Sheole, bona! u ne u tla ba teng.+
9 Haeba ke nka mapheo+ a mafube,
E le hore nka lula leoatleng le hōle ka ho fetisisa,+
10 Le moo, letsoho la hao le ne le tla ntsamaisa+
Letsoho la hao le letona le ne le tla ntšoara.+
11 Ha ke ne nka re: “Ka sebele lefifi le tla ntšoara ka potlako!”+
Joale bosiu e ne e tla ba leseli ho mpotoloha.+
12 Esita le lefifi le ne le ke ke la e-ba letšo haholo ho uena,+
Empa bosiu bo ne bo tla khanya feela joaloka motšehare;+
Lefifi le ne le ka ba feela joaloka leseli.+
14 Ke tla u roka hobane ka tsela e tšosang ke entsoe ka mokhoa o hlollang.+
Mesebetsi ea hao ea hlolla,+
Joalokaha moea oa ka o hlokomela hantle haholo.+
15 Masapo a ka a ne a sa pateha ho uena+
Ha ke etsoa sephiring,+
Ha ke lohuoa likarolong tse tlaase-tlaase+ tsa lefatše.
16 Mahlo a hao a ile a mpona ke sa le lesea le sa tsoa emoloa,+
Likarolo tsohle tsa lona tsa ngoloa fatše bukeng ea hao,
Mabapi le matsatsi ao li ileng tsa bōptjoa ka ’ona+
Ho ne ho e-s’o be le e ’ngoe har’a tsona.
17 Kahoo, menahano ea hao ke ea bohlokoa hakaakang ho ’na!+
Molimo, kakaretso e feletseng ea eona e kaakang!+
18 Ha ke ne nka leka ho e bala, e mengata le ho feta lehlabathe.+
Ke tsohile, leha ho le joalo ke sa ntse ke e-na le uena.+
19 Molimo, hoja u ne u ka bolaea ea khopo!+
Joale ka sebele esita le batho ba nang le molato oa mali+ ba tla tloha ho ’na,
20 Ba buang lintho ka uena ho ea ka likhopolo tsa bona;+
Ba sebelisitse lebitso la hao ka tsela eo e seng ea bohlokoa+—bahanyetsi ba hao.+
23 Mpatlisise ka hohle, Molimo, ’me u tsebe pelo ea ka.+
Ntlhahlobe, ’me u tsebe menahano ea ka e ntlhokisang botsitso,+
24 U bone hore na ho na le tsela leha e le efe e bohloko ka ho ’na,+
U ntsamaise tseleng+ ea nako e sa lekanyetsoang.
Bakeng sa motsamaisi. Pina ea thoriso ea Davida.
140 Jehova, u mpholose ho batho ba babe;+
E se eka u ka ntšireletsa le ho motho oa liketso tse mabifi,+
2 Ba rerileng lintho tse mpe ka lipelong tsa bona,+
Bao letsatsi lohle ba ntseng ba hlasela joalokaha eka ke lintoeng.+
3 Ba leolitse maleme a bona joaloka la noha;+
Mahloko a marabe ea linaka a ka tlas’a melomo ea bona.+ Selah.
4 Jehova, u mphemise matsoho a ea khopo;+
E se eka u ka ntšireletsa ho motho oa liketso tse mabifi,+
Ba rerileng ho nkhothometsa mehatong ea ka.+
5 Ba iphahamisang ba mpatetse sefi;+
Ba alile liropo joaloka letlooa lehlakoreng la tsela.+
Ba nchehetse maraba.+ Selah.
7 Jehova ’Musi Morena,+ matla a poloko ea ka,+
U sirelelitse hlooho ea ka letsatsing la lebotho le hlometseng.+
8 Jehova, u se ke ua phethahatsa litakatso tsa ea khopo.+
U se ke ua ntšetsa pele morero oa hae o mobe, e le hore ba se ke ba phahamisoa.+ Selah.
10 E se eka mashala a tukang a ka akheloa holim’a bona.+
Ba liheloe ka mollong,+ ka likoting tse nang le metsi, e le hore ba se ke ba tsoha.+
11 Ea buang haholo—a se ke a tiisoa ka thata lefatšeng.+
Motho ea mabifi—bobe bo mo tsome ka litlhaselo tse pheta-phetoang.+
13 Ka sebele ba lokileng ba tla leboha lebitso la hao;+
Ba lokileng ba tla lula ka pel’a sefahleho sa hao.+
Pina ea thoriso ea Davida.
141 Jehova, ke ipilelitse ho uena.+
U potlakele ho ’na.+
U mamele lentsoe la ka ha ke hoeletsa ho uena.+
2 E se eka thapelo ea ka e ka lokisoa joaloka libano+ ka pel’a hao,+
Ho phahama ha liatla tsa ka ho lokisoe joaloka nyehelo ea lijo-thollo ea shoalane.+
4 U se ke ua sekamisetsa pelo ea ka nthong leha e le efe e mpe,+
Hore ke etse liketso tse tummeng hampe ka bokhopo+
Hammoho le batho ba tloaetseng ho etsa se kotsi,+
E le hore ke se ke ka ja lintho tsa bona tse monate.+
5 Ha ea lokileng a ka nkotla, e ne e tla ba mosa o lerato;+
Ha a ka nkhalemela, e ne e tla ba oli holim’a hlooho,+
Eo hlooho ea ka e neng e ke ke ea e hana.+
Etsoe ho ne ho ntse ho tla ba le thapelo ea ka litlokotsing tsa bona.+
6 Baahloli ba bona ba lihetsoe fatše mahlakoreng a mafika,+
Empa ba utloile lipolelo tsa ka, hore lia khahlisa.+
8 Leha ho le joalo, mahlo a ka a lebile ho uena,+ Jehova ’Musi Morena.+
Ke tšabetse ho uena.+
U se ke ua tšolla moea oa ka.+
9 Mphemise ho tsepareloeng ke sefi seo ba nchehetseng sona+
Le marabeng a ba tloaetseng ho etsa se kotsi.+
Maskile. Ea Davida, ha a le ka lehaheng.+ Thapelo.
142 Ka lentsoe la ka, ke ile ka hoeletsa ho Jehova ho kōpa thuso;+
Ka lentsoe la ka, ka qala ho kōpa hore Jehova a mpontše mohau.+
2 Ka ’na ka tšollela ho tšoenyeha ha ka ka pel’a hae;+
Ka tsoela pele ho bolela mahlomola a ka ka pel’a hae,+
3 Ha moea+ oa ka o tepeletse ka hare ho ’na.
Joale u ne u tseba tsela ea ka.+
Ba mpatetse sefi+
Tseleng eo ke tsamaeang ho eona.+
4 Talima ka letsohong le letona ’me u bone
Hore ha ho ea nkelang hloko.+
Sebaka seo ke balehelang ho sona se ntšenyehetse;+
Ha ho ea botsang ka moea oa ka.+
6 U ele hloko mohoo oa ka oa kōpo e tiileng,+
Etsoe ke futsanehile haholo.+
Ntopolle ho bahlorisi ba ka,+
Etsoe ba matla ho mpheta.+
7 U ntše moea oa ka chankaneng e ka tlas’a mohaho+
E le ho roka lebitso la hao.+
Ba lokileng ba ke ba mpokanele,+
Kahobane u sebetsana le ’na ka mokhoa o loketseng.+
Pina ea thoriso ea Davida.
143 Jehova, utloa thapelo ea ka;+
U mamele kōpo ea ka e tiileng.+
Botšepehing ba hao u nkarabe ka ho loka ha hao.+
2 U se ke ua kena kahlolong le mohlanka oa hao;+
Etsoe ha ho ea phelang eo e ka bang ea lokileng ka pel’a hao.+
3 Etsoe sera se lelekisitse moea oa ka;+
Se sithabelitse bophelo ba ka lefatšeng.+
Se entse hore ke lule libakeng tse lefifi joaloka ba shoeleng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
4 Moea oa ka+ oa tepella ka hare ho ’na;
Pelo ea ka e iponahatsa e feletsoe ke matla ka hare ho ’na.+
5 Ke hopotse matsatsi a khale;+
Ke thuisitse ka mosebetsi oohle oa hao;+
Ka ho rata ke ’nile ka nahanisisa ka mosebetsi oa matsoho a hao.+
7 Potlaka, u nkarabe, Jehova.+
Moea oa ka o felile.+
U se ke ua mpatela sefahleho sa hao,+
Ho seng joalo ke tla tšoana le ba theohelang ka sekoting.+
8 Etsa hore ke utloe mosa oa hao o lerato hoseng,+
Etsoe ke u tšepile.+
Ntsebise tsela eo ke lokelang ho tsamaea ka eona,+
Etsoe ke phahamiselitse moea oa ka ho uena.+
10 Nthute ho etsa thato ea hao,+
Etsoe u Molimo oa ka.+
Moea oa hao o molemo;+
E se eka o ka ntsamaisa naheng ea ho loka.+
11 Ka lebaka la lebitso la hao,+ Jehova, e se eka u ka mpoloka ke phela.+
E se eka u ka ntša moea oa ka mahlomoleng+ ka ho loka ha hao.+
12 E se eka moseng oa hao o lerato u ka khutsisa lira tsa ka;+
U timetse bohle ba bontšang bora ho moea oa ka,+
Etsoe ’na ke mohlanka oa hao.+
Ea Davida.
144 Ho bokoe Jehova Lefika la ka,+
Ea rutang matsoho a ka ho loana,+
Ea rutang menoana ea ka ntoa;
2 Mosa oa ka o lerato le qhobosheane ea ka,+
Sebaka sa ka se phahameng sa tšireletso le Mopholosi oa ka,+
Thebe ea ka+ le Eo ke tšabetseng ho eena,+
Ea kokobetsang lichaba tlas’a ka.+
7 Otlolla matsoho a hao u le sebakeng se phahameng;+
Ntokolle ’me u ntopolle metsing a mangata,+
Matsohong a basele,+
8 Bao melomo ea bona e buileng seo e seng ’nete+
Le bao matsoho a bona a matona e leng matsoho a matona a leshano.+
9 Molimo, ke tla u binela pina e ncha.+
Ke tla u binela lipina tsa thoriso ka seletsa sa likhoele tse leshome,+
10 Uena Ea fanang ka poloko ho marena,+
Ea lokollang mohlanka oa hae Davida saboleng e kotsi.+
11 Ntokolle ’me u ntopolle matsohong a basele,+
Bao melomo ea bona e buileng seo e seng ’nete+
Le bao matsoho a bona a matona e leng matsoho a matona a leshano,+
12 Ba reng: “Bara ba rōna ba joaloka limela tse nyenyane tse hōlileng bocheng ba tsona,+
Barali ba rōna ba joaloka likhutlo tse betliloeng ka mokhoa oa ntlo ea ’muso,
13 Meliko ea rōna e tletse, e hlahisa lihlahisoa tsa mofuta o mong ka mor’a o mong,+
Mehlape ea rōna e ata ka likete, likete tse leshome ho o le mong, literateng tsa rōna,
14 Likhomo tsa rōna li imetsoe, ha li phatlohe ’me ha li folotse,+
Ha ho na mohoo mapatlelong a rōna.+
15 Ho thaba batho bao ho bona ho leng feela joalo!”
Ho thaba batho bao Molimo oa bona e leng Jehova!+
Thoriso, ea Davida.
א [ʼAleph]
145 Ke tla u phahamisa, Morena Molimo oa ka,+
Ke tla boka lebitso la hao ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng.+
ב [Behth]
2 Ke tla u boka letsatsi lohle,+
Ke tla rorisa lebitso la hao ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng.+
ג [Gimel]
ד [Daleth]
4 Moloko o mong ka mor’a o mong o tla babatsa mesebetsi ea hao,+
O tla bolela liketso tsa hao tse matla.+
ה [Heʼ]
5 Ke tla nahanisisa ka bokhabane bo khanyang ba ho hlompheha ha hao+
Le litaba tsa mesebetsi ea hao e hlollang.+
ו [Waw]
ז [Zayin]
7 Ba tla bua ba sa khaotse ka molemo oa hao o mongata,+
Ba tla hoeletsa ka thabo ka lebaka la ho loka ha hao.+
ח [Chehth]
ט [Tehth]
י [Yohdh]
כ [Kaph]
12 Hore ba tsebise bara ba batho liketso tsa hae tse matla+
Le khanya ea bokhabane ba borena ba hae.+
מ [Mem]
13 Borena ba hao ke borena ho isa linakong tsohle tse sa lekanyetsoang,+
Puso ea hao e pholletsa le meloko eohle e latellanang.+
ס [Samekh]
ע [ʽAyin]
פ [Peʼ]
צ [Tsadheh]
ק [Qohph]
ר [Rehsh]
19 O tla khotsofatsa takatso ea ba mo tšabang,+
O tla utloa mohoo oa bona o kōpang thuso, ’me o tla ba pholosa.+
ש [Shin]
ת [Taw]
21 Molomo oa ka o tla bolela thoriso ea Jehova;+
Nama eohle e boke lebitso la hae le halalelang ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng.+
2 Ke tla rorisa Jehova ha ke sa ntse ke phela.+
Ke tla binela Molimo oa ka lipina tsa thoriso hafeela ke ntse ke le teng.+
4 Moea oa hae oa tsoa,+ eena o khutlela lerōleng la hae;+
Ka letsatsi leo menahano ea hae ea timela.+
5 Ho thaba eo Molimo oa Jakobo e leng thuso ea hae,+
Eo tšepo ea hae e leng ho Jehova Molimo oa hae,+
6 Moetsi oa leholimo le lefatše,+
Oa leoatle, le oa tsohle tse ho tsona,+
Ea bolokang ’nete ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+
7 Ea phethisang kahlolo bakeng sa ba etselitsoeng bolotsana,+
Ea fang ba lapileng bohobe.+
Jehova o lokolla ba tlamiloeng.+
O imolla moshanyana ea se nang ntate le mohlolohali,+
10 Jehova e tla ba morena ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+
Molimo oa hao, Uena Sione, e be morena ho isa molokong o mong ka mor’a o mong.+
Rorisang Jah!+
Etsoe ke ntho e ntle ho binela Molimo oa rōna lipina tsa thoriso;+
Etsoe ke ho khahlisang—thoriso e loketse.+
7 Arabelang Jehova ka liteboho;+
Binelang Molimo oa rōna lipina tsa thoriso ka harepa,+
8 Eena Ea koahelang maholimo ka maru,+
Ea lokisang pula bakeng sa lefatše,+
Ea etsang hore lithaba li hlahise joang bo botala.+
13 Etsoe o entse hore mekoallo ea liheke tsa hao e be matla;
O hlohonolofalitse bara ba hao ka hare ho uena.+
19 O bolella Jakobo lentsoe la hae,+
O bolella Baiseraele melao ea hae ea tsamaiso+ le liqeto tsa hae tsa boahloli.+
20 Ha aa etsa sechaba leha e le sefe se seng ka tsela eo;+
Ha e le liqeto tsa hae tsa boahloli, ha baa li tseba.+
Rorisang Jah!+
6 O li boloka li eme ka ho sa feleng, ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
O fane ka molao oa tsamaiso, ’me o ke ke oa feta.+
7 Rorisang Jehova ho tsoa lefatšeng,+
Lōna liphoofolo tsa litonanahali tsa leoatle le lōna maliba,+
8 Lōna mollo le sefako, lehloa le mosi o teteaneng,+
Uena moea o matla oa sefefo, o phethang lentsoe la hae,+
9 Lōna lithaba le lōna maralla ’ohle,+
Lōna lifate tsa litholoana le lōna likedare tsohle,+
10 Lōna liphoofolo tse hlaha le lōna liphoofolo tsohle tse ruuoang,+
Lōna lihahabi le linonyana tse nang le mapheo,+
11 Lōna marena a lefatše+ le lōna lihlopha tsohle tsa lichaba,
Lōna likhosana+ le lōna baahloli bohle ba lefatše,+
13 Ba ke ba rorise lebitso la Jehova,+
Etsoe lebitso la hae ke lona feela le phahameng ka tsela e ke keng ea fihleloa.+
Ho hlompheha ha hae ho ka holim’a lefatše le leholimo.+
14 O tla phahamisa lenaka la batho ba hae,+
Thoriso ea bohle ba tšepahalang ba hae,+
Ea bara ba Iseraele, batho ba haufi le eena.+
Rorisang Jah!+
2 Baiseraele ba ke ba thabe ka lebaka la Moetsi oa bona e Moholo,+
Bara ba Sione—ba ithabele ho Morena oa bona.+
3 Ba rorise lebitso la hae ka motjeko.+
Ba mo binele lipina tsa thoriso ka moropa o monyenyane le harepa.+
6 Lipina tse rorisang Molimo haholo li be ’metsong ea bona,+
Sabole e sehang ka nģa tse peli e be matsohong a bona,+
7 E le ho phethisa phetetso holim’a lichaba,+
Likhalemelo tse matla holim’a lihlopha tsa lichaba,+
8 E le ho tlama marena a tsona ka mahlaahlela+
Le ba tlotlehang ba tsona ka litlamo tsa tšepe,
9 E le ho phethisa holim’a tsona qeto ea boahloli e ngotsoeng.+
Bokhabane bo joalo ke ba bohle ba tšepahalang ba hae.+
Rorisang Jah!+
2 Mo roriseng bakeng sa mesebetsi ea hae ea bonatla.+
Mo roriseng ho ea ka bongata ba boholo ba hae.+
5 Mo roriseng ka licymbala tsa molumo oa lipina tsa thoriso.+
Mo roriseng ka licymbala tse otlanngoang.+