Esthere
1 Joale eitse matsatsing a Assueruse,+ ke hore, Assueruse ea neng a busa e le morena ho tloha India ho ea Ethiopia, liprofinseng tse lekholo le mashome a mabeli a metso e supileng,+ 2 matsatsing ao ha Morena Assueruse a lutse holim ’a terone ea hae ea borena,+ e neng e le Shushane+ qhobosheaneng,+ 3 selemong sa boraro sa ho busa ha hae a tšoara mokete+ bakeng sa likhosana tsohle tsa hae le bahlanka ba hae, lebotho la sesole la Persia+ le Media,+ marena+ le likhosana tsa liprofinse tsa hae,+ 4 ha a ne a bonahatsa maruo+ a ’muso oa hae o khanyang le tlhompho+ le botle ba boholo ba hae ka matsatsi a mangata, matsatsi a lekholo le mashome a robeli. 5 Ha matsatsi ana a phethahetse, morena a tšoara mokete ka matsatsi a supileng bakeng sa batho bohle ba neng ba fumanoa Shushane qhobosheaneng, bakeng sa ba baholo hammoho le ba banyenyane, lebaleng la serapa sa ntlo ea ’muso ea morena. 6 Ho ne ho e-na le line, k’hothone ea boleng bo botle le e putsoa+ li tlameletsoe liropong tsa lesela la boleng bo botle, le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu+ masaleng a silevera le litšieeng tsa ’mabole, litulo tse kang bethe+ tsa khauta le silevera holim ’a sebaka se katiloeng ka pofiri le ’mabole le perela le ’mabole o motšo.
7 Ho ne ho fetisoa veine hore ho noeloe lijaneng tsa khauta;+ lijana li ne li fapane, ’me veine ea borena+ e ne e le ngata haholo, ho ea ka leruo la morena. 8 Ha e le ka nako ea ho noa ho ea ka molao, ho ne ho se ea qobellang, etsoe ke tsela eo morena a neng a lokiselitse ka eona bakeng sa monna e mong le e mong e moholo ho ba ntlo ea hae, ho etsa ho ea ka ho rata ha e mong le e mong.
9 Hape, Mofumahali Vashti+ a tšoarela basali mokete ka tlung ea borena ea Morena Assueruse.
10 Ka letsatsi la bosupa, ha pelo ea morena e nyakaletse ke veine,+ o ile a re Mehumane, Biztha, Harbona,+ Bigtha le Abagtha, Zethare le Karkase, balaoli ba supileng ba lekhotla ba neng ba sebeletsa+ Morena Assueruse, 11 ba tlise Mofumahali Vashti ka pel’a morena a roetse moqhaka, bakeng sa ho bontša lichaba le likhosana botle ba hae; etsoe o ne a e-na le ponahalo e ntle.+ 12 Empa Mofumahali Vashti a ’na a hana+ ho tla ka taelo ea morena e ileng ea fetisoa ka balaoli ba lekhotla. Eaba morena o halefa haholo ’me khalefo ea hae ea tuka ka hare ho eena.+
13 Morena a re ho banna ba bohlale+ ba nang le tsebo ea linako+ (etsoe ka tsela ena taba ea morena e ne e tlisoa ka pel’a bohle ba neng ba rutehile haholo molaong le linyeoeng, 14 ’me ba neng ba le haufi haholo le eena e ne e le Karshena, Shethare, Admatha, Tarshishe, Merese, Marsena, le Memukane, likhosana tse supileng+ tsa Persia le Media, tse khonang ho kena ho morena,+ le tse neng li lutse boemong ba pele ’musong): 15 “Ho tla etsoa eng ka Mofumahali Vashti ho ea ka molao hobane ha aa phetha polelo ea Morena Assueruse ka balaoli ba lekhotla?”
16 Eaba Memukane+ o re ka pel’a morena le likhosana: “Mofumahali Vashti ha aa fosetsa morena feela,+ empa o foselitse le likhosana tsohle le lichaba tsohle tse liprofinseng tsohle tsa Morena Assueruse. 17 Etsoe taba ea mofumahali e tla fihla ho basali bohle hoo mahlong a bona ba tlang ho nyelisa+ beng+ ba bona, ha ba re, ‘Morena Assueruse o itse Mofumahali Vashti a tlisoe ka pel’a hae, ’me ha aa ka a kena.’ 18 Letsatsing lena likhosatsana tsa Persia le Media, tse utloileng taba ea mofumahali, li tla bua le likhosana tsohle tsa morena, ’me ho tla ba le nyeliso e ngata le khalefo.+ 19 Haeba ho bonahala ho le molemo ho morena,+ lentsoe la borena le ke le tsoe ho eena, ’me le ngoloe har’a melao+ ea Persia le Media, e le hore le se ke la fetoloa,+ hore Vashti a se ke a kena ka pel’a Morena Assueruse; ’me boholo ba hae bo hlomphehang ba bofumahali morena a ke a bo fe motsoalle oa hae, mosali ea molemo ho mo feta. 20 Molao-taelo oa morena oo a tlang ho o etsa o tla utluoa sebakeng sohle se pusong ea hae (etsoe se seholo), ’me basali bohle ba tla hlompha beng+ ba bona,+ ba baholo hammoho le ba banyenyane.”
21 Ntho ena e ne e khahlisa mahlong a morena+ le likhosana, eaba morena o etsa ho ea ka lentsoe la Memukane. 22 Kahoo a romela litokomane tse ngotsoeng+ liprofinseng tsohle tsa morena, profinseng+ ka ’ngoe ho ea ka mokhoa oa eona oa ho ngola le ho sechaba ka seng ka leleme la sona, bakeng sa hore monna e mong le e mong a sebetse ka ho tsoelang pele e le khosana ka tlung ea hae+ le ho bua ka leleme la batho ba habo.
2 Ka mor’a lintho tsena, ha khalefo ea Morena Assueruse+ e kokobetse, a hopola Vashti+ le seo a se entseng+ le qeto e entsoeng khahlanong le eena.+ 2 Kahoo bahlanka ba morena, basebeletsi+ ba hae, ba re: “Ba ke ba batlele+ morena basali ba bacha, baroetsana,+ ba ponahalo e ntle, 3 ’me morena a behe balaoli liprofinseng+ tsohle tse sebakeng se pusong ea hae, ’me ba phuthe basali bohle ba bacha, baroetsana, ba ponahalo e ntle, Shushane qhobosheaneng,+ ntlong ea basali e taolong ea Hegai+ leqhalaha la morena,+ mohlokomeli oa basali; ’me ba sililoe. 4 Mosali e mocha ea bonahalang a khahlisa mahlong a morena e tla ba mofumahali ho e-na le Vashti.”+ Ntho ena e ne e khahlisa mahlong a morena, eaba o etsa ka tsela eo.
5 Monna e mong oa Mojuda, o ne a le Shushane+ qhobosheaneng, ’me lebitso la hae e ne e le Mordekai+ mora oa Jaire mora oa Shimei mora oa Kishe Mobenjamine,+ 6 ea neng a nkiloe Jerusalema a isoa kholehong+ le batho ba lelekiloeng ba ileng ba isoa kholehong le Jekonia+ morena oa Juda eo Nebukadnezare+ morena oa Babylona a ileng a mo isa kholehong. 7 O ile a fetoha mohlokomeli+ oa Hadasa, ke hore, Esthere, morali oa mor’abo ntat’ae,+ kaha o ne a se na ntate kapa ’mè; mosali enoa e mocha o ne a le sebōpeho se setle ’me a le ponahalo e ntle,+ ’me lefung la ntat’ae le ’m ’ae Mordekai o ile a mo nka hore e be morali oa hae. 8 Eitse ha ho utluoa lentsoe la morena le molao oa hae, le ha basali ba bangata ba bacha ba phuthoa Shushane+ qhobosheaneng e taolong ea Hegai,+ joale Esthere a nkeloa ntlong ea morena e taolong ea Hegai mohlokomeli oa basali.
9 Joale mosali enoa e mocha o ne a khahlisa mahlong a hae, hoo a ileng a fumana mosa o lerato+ ka pel’a hae ’me a potlakela ho mo silila+ le ho mo fa lijo tsa hae tse loketseng, le ho mo fa basali ba bacha ba supileng ba khethiloeng ntlong ea morena, eaba o mo fetisetsa sebakeng se setle ka ho fetisisa sa ntlo ea basali eena hammoho le basali ba bacha bao a mo fileng bona. 10 Esthere o ne a e-s’o bolele ka batho ba habo+ kapa ka beng ka eena, etsoe Mordekai o ne a mo laetse hore a se ke a bolela.+ 11 Letsatsi le letsatsi Mordekai o ne a tsamaea ka pel’a lebala la ntlo ea basali hore a tsebe hore na Esthere o phela joang le se neng se etsoa ho eena.
12 Ha ho fihla nako ea hore mosali ka mong e mocha a kene ho Morena Assueruse ka mor’a hore ho etsahale ho eena ho ea ka molao oa tsamaiso ea basali ka likhoeli tse leshome le metso e ’meli, kaha eo e ne e le tsela eo ka eona matsatsi a mokhoa oa ho sililoa ha bona a neng a phethahala butle-butle, likhoeli tse tšeletseng ka oli ea myra+ le likhoeli tse tšeletseng ka oli ea balsame+ le ho sililoa ha basali; 13 joale maemong ana mosali e mocha o ne a kena ho morena. O ne a fuoa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a e bolela, hore a ee le eona ha a tloha ntlong ea basali a e-ea ntlong ea morena.+ 14 O ne a kena ka shoalane, ebe hoseng o khutlela ntlong ea bobeli ea basali e taolong ea Shashagaze leqhalaha la morena,+ mohlokomeli oa lirethe. O ne a ke ke a hlola a kena ho morena ntle leha morena a khahliloe ke eena ’me a bitsitsoe ka lebitso.+
15 Ha nako ea Esthere morali oa Abikaile mor’abo ntat’a Mordekai, eo a neng a mo nkile hore e be morali oa hae,+ e fihla hore a kene ho morena, ha aa ka a kōpa letho+ haese seo Hegai+ leqhalaha la morena, mohlokomeli oa basali, a ileng a se bolela (ka nako ena eohle Esthere o ne a fumana kamohelo ka ho tsoelang pele mahlong a e mong le e mong ea mo bonang).+ 16 Joale Esthere a isoa ho Morena Assueruse ntlong ea hae ea borena khoeling ea leshome, ke hore, khoeli ea Tebethe, selemong sa bosupa+ sa puso ea hae. 17 Morena a rata Esthere ho feta basali ba bang bohle, hoo a ileng a fumana kamohelo e eketsehileng le mosa o lerato ka pel’a hae ho feta baroetsana ba bang bohle.+ A mo roesa moqhaka ’me a mo etsa mofumahali+ ho e-na le Vashti. 18 Morena a tšoara mokete o moholo bakeng sa likhosana tsohle tsa hae le bahlanka ba hae, mokete oa Esthere; a fana ka tšoarelo+ ho liprofinse, ’me a ’na a fana ka limpho ho ea ka leruo la morena.
19 Joale ha baroetsana+ ba phuthoa ka lekhetlo la bobeli, Mordekai o ne a lutse hekeng ea morena.+ 20 Esthere o ne a sa bolele ka beng ka eena le batho ba habo,+ feela joalokaha Mordekai+ a ne a mo laetse;+ ’me Esthere o ne a phetha polelo ea Mordekai, feela joaloka nakong ea ha a ne a le tlas’a tlhokomelo ea hae.+
21 Matsatsing ao ha Mordekai a lutse hekeng ea morena, Bigthane le Tereshe, balaoli ba morena ba babeli, balebeli ba monyako, ba ile ba halefa ’me ba ’na ba batla ho isa Morena Assueruse letsoho.+ 22 Ntho ena ea tsejoa ke Mordekai, ’me kapele-pele a bolella+ Mofumahali Esthere. Eaba Esthere o bua le morena lebitsong la Mordekai.+ 23 Kahoo taba ena ea batlisisoa ’me qetellong ea fumanoa, ’me ka bobeli ba fanyehoa+ thupeng;+ ka mor’a moo ea ngoloa bukeng ea litaba+ tsa linako ka pel’a morena.
3 Ka mor’a lintho tsena Morena Assueruse a tlotlisa Hamane+ mora oa Hamedatha Moagage+ ’me a mo phahamisa+ le ho beha terone ea hae holim ’a likhosana tse ling tsohle tse neng li e-na le eena.+ 2 Bahlanka bohle ba morena ba neng ba le hekeng ea morena+ ba ne ba inama ’me ba itihela fatše ka lifahleho ho Hamane, etsoe morena o ne a laetse joalo mabapi le eena. Empa ha e le Mordekai, o ne a sa iname kapa a itihele fatše ka sefahleho.+ 3 Bahlanka ba morena ba neng ba le hekeng ea morena ba qala ho re ho Mordekai: “Ke hobane’ng ha u tlōla taelo ea morena?”+ 4 Ha ba ntse ba bua le eena letsatsi le letsatsi, ’me a sa ba mamele, joale ba bolella Hamane e le ho bona haeba litaba tsa Mordekai li tla ema;+ etsoe o ne a ba boleletse hore ke Mojuda.+
5 Joale Hamane a ’na a bona hore Mordekai o ne a sa iname le ho itihela fatše ka sefahleho ho eena,+ ’me Hamane a tlala khalefo.+ 6 Empa mahlong a hae ho ne ho eiseha hore a ise Mordekai letsoho a le mong, etsoe ba ne ba mo boleletse ka batho ba habo Mordekai; ’me Hamane a qala ho batla ho felisa+ Bajuda bohle ba neng ba le sebakeng sohle se pusong ea Assueruse, batho ba habo Mordekai.+
7 Khoeling ea pele,+ ke hore, khoeli ea Nisane, selemong sa leshome le metso e ’meli+ sa Morena Assueruse, e mong a lahla Pure,+ ke hore, Lotho,+ ka pel’a Hamane letsatsi le letsatsi le khoeli le khoeli, ho isa ho ea leshome le metso e ’meli, e leng, khoeli ea Adare.+ 8 Hamane a re ho Morena Assueruse: “Ho na le batho ba itseng ba hasaneng+ le ba arohileng ho lichaba tse liprofinseng tsohle tse sebakeng se pusong ea hao;+ melao ea bona e fapane le ea batho ba bang bohle, ’me ha ba phethe+ melao ea morena, ’me hase ho loketseng bakeng sa morena hore a ba tlohele. 9 Haeba ho bonahala ho le molemo ho morena, ho ke ho ngoloe hore ba timetsoe; ’me ke tla lefa litalenta tsa silevera tse likete tse leshome+ matsohong a ba etsang mosebetsi+ ka ho li tlisa polokelong ea matlotlo a morena.”
10 Eaba morena o tlosa lesale la hae la tiiso+ letsohong ’me o le fa Hamane+ mora oa Hamedatha Moagage,+ ea bontšang bora ho Bajuda.+ 11 Morena a re ho Hamane: “U filoe silevera,+ hammoho le batho, bakeng sa hore u etse ka bona ho ea ka se molemo mahlong a hao.”+ 12 Joale ha bitsoa bangoli ba morena+ khoeling ea pele letsatsing la eona la leshome le metso e meraro, ’me ha ngoloa+ ho ea ka sohle seo Hamane a ileng a se laela babusisi ba morena ba profinse le babusisi ba neng ba le liprofinseng+ tse fapaneng, le likhosana tsa lichaba tse fapaneng, tsa profinse ka ’ngoe, ka mokhoa oa eona oa ho ngola,+ le sechaba ka seng ka leleme la sona; ha ngoloa ka lebitso+ la Morena Assueruse ’me ha tiisoa ka lesale la morena la tiiso.+
13 Ha romeloa mangolo liprofinseng tsohle tsa morena ka batsamaisi ba melaetsa,+ bakeng sa ho felisa, ho bolaea le ho timetsa Bajuda bohle, mohlankana hammoho le monna-moholo, bana ba banyenyane le basali, ka letsatsi le le leng,+ ka letsatsi la leshome le metso e meraro la khoeli ea leshome le metso e ’meli, e leng, khoeli ea Adare,+ le ho tlatlapa thepa e hapuoeng ho bona.+ 14 Kopi ea se ngotsoeng se neng se lokela ho fanoa e le molao+ liprofinseng+ tsohle tse fapaneng e ile ea phatlalatsoa ho lichaba tsohle, hore li lokele letsatsi lena. 15 Batsamaisi ba melaetsa ba ile ba tsoa, ba potlaka+ ka lebaka la lentsoe la morena, ’me molao oa fanoa Shushane+ qhobosheaneng. Ha e le morena le Hamane, ba lula fatše ho noa;+ empa ha e le motse oa Shushane,+ o ne o e-na le pherekano.+
4 Mordekai+ a tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe e entsoeng;+ Mordekai a hahola liaparo tsa hae a apara lesela la mokotla+ ’me a itšela ka molora+ eaba o tsoela bohareng ba motse o hoeletsa ka mohoo o phahameng le o bohloko.+ 2 Qetellong a fihla ka pel’a heke ea morena,+ kaha ha ho ea neng a ka tla hekeng ea morena ka liaparo tsa lesela la mokotla. 3 Liprofinseng+ tsohle tse fapaneng, kae kapa kae moo lentsoe la morena le molao oa hae li neng li fihla teng, ho ne ho e-na le ho siama ho hoholo+ har’a Bajuda, le ho itima lijo+ le ho lla le ho bokolla. Lesela la mokotla+ le molora+ tsa phutholloa joaloka setulo se kang bethe bakeng sa ba bangata. 4 Basali ba bacha ba Esthere le maqhalaha a hae+ ba kena ’me ba mo bolella. Mofumahali a utloa bohloko haholo. Joale a romela liaparo hore ho apesoe Mordekai ’me a hlobolisoe lesela la mokotla. Ha aa ka a li amohela.+ 5 Eaba Esthere o bitsa Hathake,+ e mong oa maqhalaha a morena, eo a neng a entse hore a mo sebeletse, ’me o mo fa taelo malebana le Mordekai, e le hore a ka tseba hore na sena se bolela’ng le hore na sena se mabapi le eng.
6 Kahoo Hathake a tsoela ho Mordekai lepatlelong la motse le neng le le ka pel’a heke ea morena. 7 Joale Mordekai a mo bolella lintho tsohle tse mo hlahetseng+ le se boletsoeng ka ho toba mabapi le chelete eo Hamane a itseng o tla e lefa polokelong ea matlotlo a morena+ khahlanong le Bajuda, ho ba timetsa.+ 8 A mo fa kopi+ ea molao o ngotsoeng o fanoeng Shushane+ bakeng sa hore ba felisoe hore a e bontše Esthere le hore a mo bolelle ’me a mo laele+ hore a kene ho morena a kōpe mohau ho eena+ ’me a etse kōpo ka pel’a hae bakeng sa batho ba habo.+
9 Joale Hathake+ a kena ’me a bolella Esthere mantsoe a Mordekai. 10 Joale Esthere a laela Hathake malebana le Mordekai+ a re: 11 “Bahlanka bohle ba morena le batho ba liprofinse tsa morena baa hlokomela hore, monna kapa mosali leha e le ofe ea kenang ho morena ka lebaleng le ka hare+ a sa bitsoa, molao oa hae+ o le mong ke hore a bolaoe; ke feela haeba morena a ka mo nanabeletsa lere la borena la khauta, ka sebele a tlang ho tsoela pele a phela.+ Ha e le ’na, e se e le matsatsi a mashome a mararo joale ke e-s’o bitsoe hore ke kene ho morena.”
12 Ba bolella Mordekai mantsoe a Esthere. 13 Joale Mordekai ha a araba Esthere a re: “U se ke ua nahana moeeng oa hao hore ho tla pholoha ba ntlo ea morena ho e-na le Bajuda ba bang bohle.+ 14 Etsoe haeba u khutsa ka ho feletseng nakong ena, phomolo le topollo li tla ema bakeng sa Bajuda li tsoa sebakeng se seng;+ empa ha e le uena le ntlo ea ntat’ao, le tla timela. Ke mang ea tsebang ebang ke bakeng sa nako e kang ena u fihletseng boholo bo hlomphehang ba bofumahali?”+
15 Ka lebaka leo Esthere ha a araba Mordekai a re: 16 “Tsamaea, u bokelle Bajuda bohle ba tla fumanoa Shushane+ ’me le itime lijo+ bakeng sa ka ’me le se ke la ja kapa la noa ka matsatsi a mararo,+ bosiu le motšehare. Le ’na le basali ba bacha ba ka,+ ke tla itima lijo ka ho tšoanang, ’me ka mor’a moo ke tla kena ho morena, e leng ho seng tumellanong le molao; haeba ke timela,+ ke tla timela.” 17 Eaba Mordekai o fetela pele ’me o etsa ho ea ka sohle seo Esthere a mo laetseng sona.
5 Eitse ka letsatsi la boraro+ Esthere a apara ka mokhoa oa bofumahali,+ ka mor’a moo a ema lebaleng le ka hare+ la ntlo ea morena mabapa le ntlo ea morena, ha morena a lutse teroneng ea hae ea borena ka tlung ea borena mabapa le monyako oa ntlo. 2 Eare hang ha morena a bona Mofumahali Esthere a eme lebaleng, a fumana kamohelo+ mahlong a hae, hoo morena a ileng a nanabeletsa Esthere lere la borena+ la khauta le neng le le letsohong la hae. Joale Esthere a atamela ’me a ama ntlha ea lere la borena.
3 Joale morena a re ho eena: “U na le eng, Mofumahali Esthere, ’me ke eng seo u se kōpang?+ Ho fihlela halofong ea borena+—u ke u se fuoe!” 4 Eaba Esthere o re: “Haeba ho morena ho bonahala ho le molemo, morena a ke a tle kajeno le Hamane+ moketeng+ oo ke mo etselitseng oona.” 5 Tumellanong le seo morena a re: “E-reng Hamane a phethahatse lentsoe la Esthere kapele.”+ Hamorao morena le Hamane ba tla moketeng o entsoeng ke Esthere.
6 Ka mor’a nako morena a re ho Esthere nakong ea mokete oa veine: “Kōpo ea hao e matla ke eng?+ E ke e phethahatsoe bakeng sa hao! Ke eng seo u se kōpang? Ho fihlela halofong ea borena—se ke se etsoe!” 7 Eaba Esthere oa araba ’me o re: “Kōpo ea ka e matla le seo ke se kōpang ke hore, 8 Haeba ke fumane kamohelo mahlong a morena+ ’me haeba ho morena ho bonahala ho le molemo ho phethahatsa kōpo ea ka e matla le ho phetha seo ke se kōpang, morena le Hamane ba ke ba tle moketeng oo ke tla ba tšoarela oona hosasane, ’me hosasane ke tla etsa ho ea ka lentsoe la morena.”+
9 Ka lebaka leo Hamane a tsoa letsatsing leo a thabile+ ’me a nyakaletse pelong; empa hang ha Hamane a bona Mordekai hekeng ea morena+ le hore ha aa ka a ema+ ’me ha aa ka a thothomela ka lebaka la hae,+ kapele-pele Hamane a tlala khalefo+ khahlanong le Mordekai. 10 Leha ho le joalo, Hamane a itšoara ’me a ea ka tlung ea hae. Joale a romeletsa ’me a etsa hore metsoalle ea hae le mosali oa hae Zereshe+ ba tlisoe; 11 Hamane a ba bolella ka khanya ea maruo a hae+ le palo e khōlō ea bara ba hae+ le sohle seo morena a neng a mo tlotlisitse ka sona le kamoo a mo phahamisitseng kateng holim ’a likhosana le bahlanka ba morena.+
12 Hamane a tsoela pele ho re: “Ho feta moo, ha ho eo Mofumahali Esthere a mo tlisitseng moketeng le morena haese ’na,+ ’me le hosasane+ ke memetsoe ho eena le morena. 13 Empa sena sohle—ha ho letho la sona le nkhotsofatsang hafeela ke ntse ke bona Mordekai oa Mojuda a lutse hekeng ea morena.” 14 Eaba mosali oa hae Zereshe le metsoalle eohle ea hae ba re ho eena: “E-re ba etse thupa+ e bophahamo ba litsoe tse mashome a mahlano. Joale hoseng+ u bolelle morena hore ba fanyehe Mordekai ho eona.+ Joale u ee moketeng le morena u thabile.” Kahoo taba ena ea bonahala e le molemo+ ka pel’a Hamane, ’me a etsa thupa.+
6 Bosiung boo boroko ba morena ba fela.+ Ka hona a re ho tlisoe buka ea litlaleho+ tsa litaba tsa linako. Kahoo tsa baloa ka pel’a morena. 2 Qetellong ha fumanoa ho ngotsoe seo Mordekai a ileng a se tlaleha+ mabapi le Bigthana le Tereshe, balaoli ba lekhotla ba babeli+ ba morena, balebeli ba monyako, ba ileng ba batla ho isa Morena Assueruse letsoho. 3 Joale morena a re: “Mordekai o filoe tlhompho efe ’me o etselitsoe ntho efe e khōlō ka lebaka la see?” Eaba bahlanka ba morena, basebeletsi ba hae, ba re: “Ha aa etsetsoa letho.”+
4 Hamorao morena a re: “Ke mang ea lebaleng?” Joale Hamane o ne a tlile ka lebaleng le ka ntle+ la ntlo ea morena ho tla bolella morena hore a fanyehe Mordekai thupeng+ eo a neng a mo lokiselitse eona. 5 Ka lebaka leo bahlanka ba morena ba re ho eena: “Hamane+ ke enoa o eme lebaleng.” Kahoo morena a re: “E-reng a kene.”
6 Ha Hamane a kena, morena a re ho eena: “Ho lokela ho etsoe’ng ho monna eo morena a khahloang ke ho mo fa tlhompho?”+ Eaba Hamane o re ka pelong ea hae: “Ke mang eo morena a ka khahloang ke ho mo fa tlhompho ho mpheta?”+ 7 Kahoo Hamane a re ho morena: “Bakeng sa monna eo morena a khahloang ke ho mo fa tlhompho, 8 ba ke ba tlise seaparo sa borena+ seo morena a se aparang le pere eo morena a e palamang+ e roesitsoeng moqhaka. 9 Ho behoe seaparo le pere taolong ea e ’ngoe ea likhosana tse hlomphehang tsa morena;+ ba apese monna eo morena a khahliloeng ke ho mo fa tlhompho, ’me ba mo palamise pere lepatlelong+ la motse,+ ’me ba hoeletse ka pel’a hae, ‘Ke kamoo ho etsoang kateng ho monna eo morena a khahloang ke ho mo fa tlhompho.’”+ 10 Hang-hang morena a re ho Hamane: “Potlaka, u nke seaparo le pere, joalokaha u boletse, ’me u etse ka tsela eo ho Mordekai oa Mojuda ea lutseng hekeng ea morena. U se ke ua tlohela letho la seo u se boletseng le sa phethahala.”+
11 Hamane a nka seaparo+ le pere ’me a apesa Mordekai+ a mo palamisa lepatlelong+ la motse a hoeletsa ka pel’a hae:+ “Ke kamoo ho etsoang kateng ho monna eo morena a khahloang ke ho mo fa tlhompho.”+ 12 Ka mor’a moo Mordekai a khutlela hekeng ea morena.+ Ha e le Hamane, a potlakela ntlong ea hae, a siame ’me a ikoahetse hlooho.+ 13 Hamane a tsoela pele ho phetela mosali oa hae Zereshe+ le metsoalle eohle ea hae sohle se mo hlahetseng. Eaba banna ba hae ba bohlale+ le mosali oa hae Zereshe ba re ho eena: “Haeba Mordekai eo u qalileng ho oa ka pel’a hae o tsoa peōng ea Bajuda, u ke ke ua mo hlōla, empa ruri u tla oa ka pel’a hae.”+
14 Ha ba sa ntse ba bua le eena balaoli ba morena ba lekhotla ba fihla ’me ba potlakisetsa+ Hamane moketeng+ oo Esthere a neng a o entse.
7 Joale morena le Hamane+ ba kena ho tla keteka le Mofumahali Esthere. 2 Joale morena a boela a re ho Esthere letsatsing la bobeli nakong ea mokete oa veine:+ “Kōpo ea hao e matla ke efe,+ Mofumahali Esthere? U ke u e fuoe.+ Ke eng seo u se kōpang? Ho fihlela halofong ea borena+—se ke se etsoe!” 3 Eaba Mofumahali Esthere oa araba o re: “Haeba ke fumane kamohelo mahlong a hao, morena, le haeba ho bonahala ho le molemo ho morena, e-re ke fuoe moea oa ka+ ho ea ka kōpo ea ka e matla le batho ba heso+ ho ea ka seo ke se kōpang. 4 Etsoe re rekisitsoe,+ ’na le batho ba heso, hore re felisoe, re bolaoe le ho timetsoa.+ Joale haeba re ne re rekisitsoe hore re be makhoba feela+ le ho ba makhabunyane feela, ke ne ke tla khutsa. Empa mahlomola ana ha aa lokela ha morena a senyeheloa.”
5 Joale Morena Assueruse a re, e, a tsoela pele ho re ho Mofumahali Esthere: “Ke mang eo,+ hona o kae eo ea itetileng sebete+ ho etsa ka tsela eo?” 6 Joale Esthere a re: “Monna eo, mohanyetsi+ le sera,+ ke Hamane enoa e mobe.”
Ha e le Hamane, a tšoha+ ka lebaka la morena le mofumahali. 7 Ha e le morena, a phahama a halefile+ moketeng oa veine a ea serapeng sa ntlo ea ’muso; Hamane a ema ho etsa kōpo bakeng sa moea oa hae ho Mofumahali Esthere,+ etsoe o ile a bona hore morena+ o ne a mo reretse bobe.+ 8 Morena a khutla serapeng sa ntlo ea ’muso a ea ka tlung ea mokete oa veine;+ ’me Hamane o ne a oetse holim ’a setulo se kang bethe+ seo Esthere a neng a le ho sona. Ka lebaka leo morena a re: “Na le mofumahali o tla betoa, ke ntse ke le ka tlung?” Lentsoe leo la tsoa molomong oa morena,+ ’me ba koahela sefahleho sa Hamane. 9 Joale Harbona,+ e mong oa balaoli ba lekhotla+ ka pel’a morena, a re: “Hape, ho na le thupa+ eo Hamane a e etselitseng Mordekai, ea ileng a bua hantle malebana le morena,+ e eme ka tlung ea Hamane—e bophahamo ba litsoe tse mashome a mahlano.” Eaba morena o re: “Mo fanyeheng ho eona.”+ 10 Ba fanyeha Hamane thupeng+ eo a neng a e lokiselitse Mordekai;+ ’me khalefo ea morena ea kokobela.
8 Letsatsing leo Morena Assueruse a fa Mofumahali Esthere ntlo ea Hamane,+ ea bontšang bora ho Bajuda;+ ’me Mordekai a tla ka pel’a morena, hobane Esthere o ne a boletse hore na ke eng le eena.+ 2 Joale morena a rōla lesale la hae la tiiso+ leo a ileng a le amoha Hamane ’me a le fa Mordekai; Esthere a tsoela pele ho beha Mordekai hore a okamele ntlo ea Hamane.+
3 Ho feta moo, Esthere a boela a bua ka pel’a morena ’me a itihela ka pel’a maoto a hae a lla ’me a mo kōpa+ mohau hore a tlose bobe+ ba Hamane Moagage le morero oa hae+ oo a neng a ile a o rerela Bajuda.+ 4 Joale morena a nanabeletsa Esthere lere la borena la khauta,+ eaba Esthere oa phahama ’me o ema ka pel’a morena. 5 Joale a re: “Haeba ho morena ho bonahala ho le molemo, haeba ke fumane kamohelo+ ka pel’a hae ’me ntho ena e loketse ka pel’a morena ebile ke le molemo ka pel’a mahlo a hae, ho ke ho ngoloe hore ho etsolloe litokomane tse ngotsoeng,+ morero oa Hamane mora oa Hamedatha Moagage,+ tseo a li ngotseng bakeng sa ho timetsa Bajuda+ ba liprofinseng+ tsohle tsa morena. 6 Etsoe nka mamella joang ha ke talima tlokotsi e tla hlahela batho ba heso, ’me ke tla mamella joang ha ke talima timetso ea beng ka ’na?”
7 Kahoo Morena Assueruse a re ho Mofumahali Esthere le ho Mordekai oa Mojuda: “Bonang! Ntlo ea Hamane ke e file Esthere,+ ’me eena ba mo fanyehile thupeng,+ ka lebaka la hore o ile a otlolla letsoho la hae khahlanong le Bajuda. 8 Le ngole molemong oa Bajuda ho ea ka se molemo mahlong a lōna lebitsong la morena ’me le se tiise ka lesale la tiiso la morena; etsoe sengoliloeng se ngotsoeng lebitsong la morena+ ’me sa tiisoa ka lesale la tiiso la morena ho ke ke ha khoneha hore se etsolloe.”+
9 Tumellanong le hoo bangoli+ ba morena ba bitsoa ka nako eo khoeling ea boraro, ke hore, khoeli ea Sivane, letsatsing la eona la mashome a mabeli a metso e meraro; ha ngoloa ho ea ka sohle seo Mordekai a se laetseng Bajuda le babusisi ba liprofinse+ le babusisi le likhosana tsa liprofinse ho tloha India ho ea Ethiopia, liprofinse+ tse lekholo le mashome a mabeli a metso e supileng, profinse ka ’ngoe ka mokhoa oa eona oa ho ngola+ le sechaba ka seng ka leleme la sona,+ le ho Bajuda ka mokhoa oa bona oa ho ngola le ka leleme la bona.+
10 A ngola lebitsong la Morena+ Assueruse ’me a tiisa+ ka lesale la tiiso la morena+ ’me litokomane tse ngotsoeng a li romela ka matsoho a batsamaisi ba melaetsa ba lipere,+ ba palame lipere tsa ho tsamaisa melaetsa tse neng li sebelisoa tšebeletsong ea borena, lipetsana tse tona tsa lipere tse tšehali tse lebelo, 11 hore morena o lumeletse Bajuda ba neng ba le metseng eohle e fapaneng hore ba phuthehe+ le ho emela meea ea bona, ho felisa le ho bolaea le ho timetsa lebotho lohle la sechaba+ le profinse le neng le bontša bora khahlanong le bona, bana ba banyenyane le basali, le ho tlatlapa thepa ea bona e hapuoeng,+ 12 ka letsatsi le le leng+ liprofinseng tsohle tsa Morena Assueruse, letsatsing la leshome le metso e meraro+ la khoeli ea leshome le metso e ’meli, ke hore, khoeli ea Adare.+ 13 Kopi+ ea sengoliloeng e ne e lokela ho fanoa e le molao liprofinseng tsohle tse fapaneng, e phatlalatsoe ho lichaba tsohle, hore Bajuda ba lokele letsatsi lena la ho iphetetsa+ ho lira tsa bona. 14 Batsamaisi ba melaetsa+ ba tloha, ba palame lipere tsa ho tsamaisa melaetsa tse sebelisoang tšebeletsong ea borena, ba susumelletsoa ho tsamaea ’me ba potlakisoa+ ke lentsoe la morena; ’me molao o ne o fanoe Shushane+ qhobosheaneng.
15 Ha e le Mordekai, a tloha ka pel’a morena a apere seaparo sa borena+ se seputsoa le line, a roetse moqhaka o moholo oa khauta, ’me a apere seaparo sa ka holimo sa lesela la boleng bo botle,+ esita le sa boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu.+ Motse oa Shushane oa tlerola litlatse ’me oa thaba.+ 16 Bakeng sa Bajuda ha hlaha leseli le nyakallo+ le thabo e khaphatsehang le tlhompho. 17 Liprofinseng tsohle tse fapaneng le metseng e fapaneng kae kapa kae moo lentsoe la morena le molao oa hae li neng li fihla teng ha e-ba le nyakallo le thabo e khaphatsehang bakeng sa Bajuda, mokete+ le letsatsi le letle; ’me lichaba+ tse ngata naheng eo tsa ipolela hore ke Bajuda,+ kaha li ne li tšaba+ Bajuda.
9 Khoeling ea leshome le metso e ’meli, ke hore, khoeli ea Adare,+ letsatsing la eona la leshome le metso e meraro, ha ho ne ho fihla nako ea hore lentsoe la morena le molao oa hae li phethahatsoe,+ letsatsing leo lira tsa Bajuda li neng li letetse ho ba hatella ka lona, ha fetoha ha e-ba ka ho fapaneng, ka hore Bajuda ba ile ba hatella ba ba hloileng.+ 2 Bajuda ba phutheha+ metseng ea bona liprofinseng tsohle tsa Morena Assueruse+ bakeng sa ho isa letsoho ba batlang ho ba ntša kotsi,+ ’me ha ho monna ea ileng a ema a tiile ka pel’a bona, etsoe lichaba tsohle li ne li ba tšaba.+ 3 Likhosana tsohle+ tsa liprofinse le babusisi ba liprofinse+ le babusisi le baetsi ba mosebetsi+ oa morena ba ne ba thusa Bajuda, etsoe ba ne ba tšaba+ Mordekai. 4 Etsoe Mordekai o ne a le moholo+ ka tlung ea morena ’me botumo ba hae+ bo ne bo tsamaea ho pholletsa le liprofinse tsohle, hobane monna enoa Mordekai o ne a hōla a tsitsitse.+
5 Bajuda ba hlasela lira tsohle tsa bona ka ho li bolaea ka sabole+ le ka polao le timetso, ’me ba etsa ba ba hloileng kamoo ba ratang kateng.+ 6 Shushane+ qhobosheaneng Bajuda ba bolaea ’me ha timetsoa banna ba makholo a mahlano. 7 Hape, Parshandatha le Dalfone le Aspatha 8 le Poratha le Adalia le Aridatha 9 le Parmashta le Arisai le Aridai le Vaizatha, 10 bara ba leshome+ ba Hamane+ mora oa Hamedatha, ea bontšang bora ho Bajuda,+ ba ba bolaea; empa ha baa ka ba beha matsoho a bona ho se tlatlapuoeng.+
11 Letsatsing leo palo ea ba bolailoeng Shushane qhobosheaneng ea tlisoa ka pel’a morena.
12 Morena a re ho Mofumahali Esthere:+ “Shushane qhobosheaneng+ Bajuda ba bolaile, ’me ho timelitsoe banna ba makholo a mahlano le bara ba leshome ba Hamane. Liprofinseng+ tse ling kaofela tsa morena ba entse’ng?+ Kōpo ea hao e matla ke efe? U ke u e fuoe.+ U kōpa eng hape?+ E ke e etsoe.” 13 Tumellanong le hoo Esthere a re: “Haeba ho bonahala ho le molemo ho morena,+ hosasane Bajuda ba Shushane ba ke ba lumelloe hore ba etse ho ea ka molao oa kajeno;+ ’me bara ba leshome ba Hamane ba fanyehoe thupeng.”+ 14 Kahoo morena a re ho etsoe ka tsela eo.+ Joale ha fanoa ka molao Shushane, ’me bara ba leshome ba Hamane ba fanyehoa.
15 Bajuda ba neng ba le Shushane ba phutheha hape letsatsing la leshome le metso e mene+ la khoeli ea Adare, ’me ba bolaea banna ba makholo a mararo Shushane; empa ha baa ka ba beha matsoho a bona ho se tlatlapuoeng.+
16 Ha e le Bajuda ba bang kaofela ba neng ba le liprofinseng+ tsa morena, ba phutheha, ’me ha emeloa meea ea bona+ ka tieo, ’me ha e-ba le ho iphetetsa+ ho lira tsa bona le ho bolaea har’a ba ba hloileng ba likete tse mashome a supileng a metso e mehlano; empa ha baa ka ba beha matsoho a bona ho se tlatlapuoeng, 17 letsatsing la leshome le metso e meraro la khoeli ea Adare; ha e-ba le phomolo letsatsing la eona la leshome le metso e mene, ’me la etsoa letsatsi la ho keteka+ le la ho thaba.+
18 Ha e le Bajuda ba neng ba le Shushane, ba phutheha ka letsatsi la eona la leshome le metso e meraro+ le ka letsatsi la eona la leshome le metso e mene, ’me ha e-ba le phomolo ka letsatsi la eona la leshome le metso e mehlano, ’me la etsoa letsatsi la ho keteka le la ho thaba.+ 19 Ke ka lebaka leo Bajuda ba mahaeng, ba ahileng metseng ea litereke tse ka mathōko, ba ileng ba etsa hore letsatsi la leshome le metso e mene la khoeli ea Adare+ e be la ho thaba+ le ho keteka le letsatsi le letle+ le la ho romellana likabelo.+
20 Mordekai+ a ngola lintho tsena ’me a romela litokomane tse ngotsoeng ho Bajuda bohle ba neng ba le liprofinseng+ tsohle tsa Morena Assueruse, ba haufi le ba hōle, 21 ho beha tlamo+ holim ’a bona hore kamehla ba boloke letsatsi la leshome le metso e mene la khoeli ea Adare le letsatsi la leshome le metso e mehlano la eona selemo se seng le se seng, 22 ho ea ka matsatsi ao Bajuda ba ileng ba phomola ka ’ona ho lira tsa bona+ le khoeli e ileng ea fetoloa bakeng sa bona ho tloha mesarelong ho ea thabong le ho tloha ho siameng+ ho ea letsatsing le letle, ho a boloka joaloka matsatsi a ho keteka le ho thaba le ho romellana likabelo+ le ho romela limpho ho mafutsana.+
23 Bajuda ba amohela seo ba neng ba qalile ho se etsa le seo Mordekai a neng a ba ngoletse sona. 24 Etsoe Hamane+ mora oa Hamedatha,+ Moagage,+ ea bontšang bora+ ho Bajuda bohle, o ne a rerile ho timetsa Bajuda,+ ’me o ne a entse hore ho lahloe Pure,+ ke hore, Lotho,+ bakeng sa ho ba hlokisa botsitso le ho ba timetsa. 25 Empa ha Esthere a kena ka pel’a morena a re ka tokomane e ngotsoeng:+ “Morero oa hae o mobe+ oo a o rerileng khahlanong le Bajuda o ke o khutlele hloohong ea hae”;+ eaba ba mo fanyeha thupeng le bara ba hae.+ 26 Ke ka lebaka leo ba ileng ba bitsa matsatsi ana Purime, ka lebitso la Pure.+ Ke ka lebaka leo, ho ea ka mantsoe a lengolo lena+ le seo ba se boneng mabapi le sena le se ba hlahetseng, 27 Bajuda ba ileng ba beha tlamo ’me ba amohela holim ’a bona le holim ’a bana ba bona le holim ’a bohle ba ikopantseng le bona,+ hore ha ea lokela ho feta, ea hore kamehla ba ’ne ba boloke matsatsi ana a mabeli ho ea ka se ngotsoeng mabapi le ’ona le ho ea ka nako ea ’ona e behiloeng selemong se seng le se seng. 28 Matsatsi ana a ne a lokela ho hopoloa le ho bolokoa ke moloko o mong le o mong, lelapa ka leng, profinse ka ’ngoe le motse ka mong, ’me matsatsi ana a Purime a ne a sa lokela ho feta har’a Bajuda ’me sehopotso+ sa ’ona se ne se ke ke sa fela har’a bana ba bona.
29 Mofumahali Esthere, morali oa Abikaile,+ le Mordekai Mojuda ba ile ba ngola ka matla ’ohle bakeng sa ho tiisa lengolo lena la bobeli le mabapi le Purime. 30 Joale a romela litokomane tse ngotsoeng ho Bajuda bohle liprofinseng+ tse lekholo le mashome a mabeli a metso e supileng, sebakeng se pusong ea Assueruse,+ ka mantsoe a khotso le ’nete,+ 31 bakeng sa ho tiisa matsatsi ana a Purime linakong tsa ’ona tse behiloeng, feela joalokaha Mordekai oa Mojuda le Mofumahali Esthere ba ba laetse,+ le feela joalokaha ba ne ba laetse meea ea bona le bana ba bona,+ litaba tsa ho itima lijo+ le mehoo ea bona e kōpang thuso.+ 32 Polelo ea Esthere ea tiisa litaba tsena tsa Purime,+ ’me ea ngoloa fatše bukeng.
10 Morena Assueruse a laela hore ho etsoe mosebetsi o qobelloang+ naheng le lihlekehlekeng+ tsa leoatle.
2 Ha e le mosebetsi oohle oa hae o matla le matla a hae le se boletsoeng ka ho toba ka boholo ba Mordekai+ boo morena a ileng a mo tlotlisa+ ka bona, na ha lia ngoloa Bukeng ea litaba+ tsa linako tsa marena a Media le Persia?+ 3 Etsoe Mordekai Mojuda e ne e le oa bobeli+ ho Morena Assueruse ’me a le moholo har’a Bajuda ’me a amoheleha ho letšoele la barab’abo, a sebetsa se molemo bakeng sa batho ba habo ’me a bolela khotso+ ho bana bohle ba bona.