Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • bi12 Sefela sa Lifela 1:1-8:14
  • Sefela sa Lifela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sefela sa Lifela
  • Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
Sefela sa Lifela

Sefela sa Lifela

1 Pina e monate ka ho fetisisa,+ ea Solomone:+ 2 “E se eka a ka nkaka ka likako tsa molomo oa hae,+ etsoe lipontšo tsa hao tsa lerato li molemo ho feta veine.+ 3 Li-oli+ tsa hao li ntle bakeng sa monko o monate. Lebitso+ la hao le joaloka oli e tšolotsoeng. Ke ka lebaka leo baroetsana ba u ratileng. 4 Nkhule;+ a re mathe. Morena o nkentse ka likamoreng tsa hae tse ka hare!+ A re nyakalle ’me re ithabele ho uena. A re bolele lipontšo tsa hao tsa lerato ho feta veine.+ Ba u ratile ka mokhoa o tšoanelang.+

5 “’Na ke ngoanana e motšoana, empa ea khahlehang, Lōna barali ba Jerusalema,+ ho tšoana le litente tsa Kedare,+ empa leha ho le joalo ho tšoana le masela a tente+ a Solomone. 6 Le se ke la ntalima kahobane ke motšoana, hobane letsatsi le mpone. Bara ba ’Mè ba ile ba nkhalefela; ba mpeha mohlokomeli oa lirapa tsa morara, le hoja serapa sa ka sa morara,+ seo e neng e le sa ka, ke sa ka ka se hlokomela.

7 “Uena eo moea oa ka o mo ratileng,+ mpolelle moo u lisetsang teng,+ moo u bothisang mohlape teng har’a motšehare. Hantle-ntle ke hobane’ng ha ke lokela ho ba joaloka mosali ea apereng tšiamo har’a sehlopha sa balekane ba hao?”

8 “Haeba u sa tsebe, Uena e motle ka ho fetisisa har’a basali,+ u ee le mehlala ea mohlape ’me u fulise lipotsanyane haufi le litabernakele tsa balisa.”

9 “Ke u tšoantšitse le pere ea ka e tšehali likoloing tsa Faro,+ Uena kharebe ea ka.+ 10 Marama a hao aa khahleha har’a lithapo tsa moriri, molala oa hao o khahleha sefaheng.+ 11 Re tla u etsetsa mekhabiso e chitja ea khauta,+ hammoho le likonopo tsa silevera.”

12 “Hafeela morena a ntse a le tafoleng ea hae e chitja nareda+ ea ka e ntšitse monko oa eona o monate.+ 13 Moratuoa oa ka o joaloka mokotla oa myra+ ho ’na; o tla hlola bosiu pakeng tsa matsoele a ka.+ 14 Moratuoa oa ka o joaloka lesihla la hena+ ho ’na, har’a lirapa tsa morara tsa Ene-gedi.”+

15 “Bona! U motle, Uena kharebe ea ka.+ Bona! U motle. Mahlo a hao ke a maeba.”+

16 “Bona! U motle,+ moratuoa oa ka, ’me ua khahleha. Moalo+ oa rōna le oona ke oa makhasi. 17 Libalaka tsa ntlo ea rōna e khahlehang ke likedare,+ maballo a rōna ke lifate tsa junipere.

2 “’Na ke safrone+ feela ea thota e lebōpong la leoatle,+ khahla ea likhohlo.”+

2 “Joaloka khahla har’a litlama-tlama tse meutloa, kharebe ea ka e joalo har’a barali.”+

3 “Joaloka sefate sa liapole+ har’a lifate tsa moru, moratuoa oa ka o joalo har’a bara.+ Moriti oa hae ke o lakalitse ka matla, hape ke lutse fatše moo, ’me litholoana tsa hae li bile monate mahalapeng a ka. 4 O ile a ntlisa ka tlung ea veine,+ ’me folakha+ ea hae holim ’a ka e ne e le lerato.+ 5 Nkhatholleng ka bohobe ba morara o omisitsoeng,+ le ’matlafatse ka liapole; etsoe ke kulisoa ke lerato.+ 6 Letsoho la hae le letšehali le tlas’a hlooho ea ka; ’me letsoho la hae le letona—lea nkopa.+ 7 Lōna barali ba Jerusalema, ke le hlapantšitse+ ka litšephe tse tšehali+ kapa ka likhama tse tšehali+ tsa naha, hore le se ke la leka ho tsosa kapa ho susumetsa lerato ka ho ’na ho fihlela lona le batla.+

8 “Molumo oa moratuoa oa ka!+ Bonang! Ke enoa oa tla,+ o hloa lithaba, o tlōlaka maralleng. 9 Moratuoa oa ka o tšoana le tšephe+ kapa manamane a likhama tse tona. Bonang! Enoa o eme ka mor’a lerako la rōna, a talima ka lifensetere, a nyarela ka lekhoakhoa la fensetere.+ 10 Moratuoa oa ka o arabetse ’me a re ho ’na, ‘Ema, uena kharebe ea ka, seponono sa ka,+ ’me u tle.+ 11 Etsoe, bona! nako ea lipula+ e fetile, pula ea litloebelele e khaolitse, e fetile. 12 Lithunthung li hlahile naheng,+ nako ea ho kuta+ sefate sa morara e fihlile, ’me lentsoe la leebana-khoroana+ le utloahetse naheng ea rōna. 13 Ha e le sefate sa feiga,+ se na le ’mala o bontšang ho butsoa bakeng sa lifeiga tsa sona tse butsoang pele;+ ’me lifate tsa morara li thuntse, li fane ka monko oa tsona o monate. Ema, u tle, Uena kharebe ea ka,+ seponono sa ka, ’me u tle. 14 Uena leeba+ la ka le leng tšireletsong ea lefika, sebakeng se patehileng sa tsela e motheō, u mpontše sebōpeho sa hao,+ e-re ke utloe lentsoe la hao, etsoe lentsoe la hao le monate ’me sebōpeho sa hao sea khahleha.’”+

15 “Re tšoareleng liphokojoe,+ liphokojoe tse nyenyane tse senyang lirapa tsa morara, kaha lirapa tsa rōna tsa morara li thuntse.”+

16 “Moratuoa oa ka ke oa ka ’me ’na ke oa hae.+ O lisa+ har’a likhahla.+ 17 Ho fihlela letsatsi le phola le meriti e balehile, u retelehe, Uena moratuoa oa ka; e-ba joaloka tšephe+ kapa joaloka manamane a likhama tse tona holim ’a lithaba tsa karohano.

3 “Ke batlile eo moea oa ka o mo ratileng+ betheng ea ka bosiu. Ke ile ka mo batla, empa ha kea ka ka mo fumana. 2 Ka kōpo, e-re ke eme, ’me ke potolohe motseng;+ e-re ke batle eo moea oa ka o mo ratileng literateng le mapatlelong.+ Ke ile ka mo batla, empa ha kea ka ka mo fumana. 3 Balebeli+ ba neng ba potoloha motseng ba ile ba mphumana, ‘Na le bone eo moea oa ka o mo ratileng?’ 4 Ke ne ke batla ke fetetse pele ho tloha ho bona ho fihlela ke fumana eo moea oa ka o mo ratileng. Ke ile ka mo tšoara, ’me ke ne nke ke ka mo tlohela, ho fihlela ke mo tlisitse ka tlung ea ’Mè le ka kamoreng e ka hare ea ea neng a nkimile. 5 Lōna barali ba Jerusalema, ke le hlapantšitse+ ka litšephe tse tšehali kapa ka likhama tse tšehali tsa naha,+ hore le se ke la leka ho tsosa kapa ho susumetsa lerato ka ho ’na ho fihlela lona le batla.”+

6 “Ntho ee ke eng e nyolohang lefeelleng joaloka topallo ea mosi, e nkhisitsoeng hamonate ka myra le libano tse tšoeu,+ esita le ka phofshoana ea mofuta o mong le o mong e monko o monate ea mohoebi?”+

7 “Bonang! Ke setulo sa hae se kang bethe, sa Solomone. Banna ba matla ba mashome a tšeletseng ba se pota-potile ka hohle, ho tsoa ho banna ba matla ba Iseraele,+ 8 kaofela ha bona ba tšoere sabole, ba rutiloe ntoeng, e mong le e mong sabole ea hae e le seropeng sa hae ka lebaka la tšabo bosiu.”+

9 “Ke lempara leo Morena Solomone a iketselitseng lona ka lifate tsa Lebanone.+ 10 Litšiea tsa lona o li entse ka silevera, litšehetso tsa lona ke tsa khauta. Setulo sa lona ke sa boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu, bokahare ba lona bo lokisitsoe ka lerato ke barali ba Jerusalema.”

11 “Lōna barali ba Sione, tsoang ’me le talime Morena Solomone ka moqhaka+ oo ’m ’ae+ a mo lohetseng oona letsatsing la lenyalo la hae le letsatsing la ho thaba ha pelo ea hae.”+

4 “Bona! U motle,+ Uena kharebe ea ka. Bona! U motle. Mahlo a hao ke a maeba,+ ka mor’a lesira la hao.+ Moriri oa hao o joaloka mohlape oa lipōli+ tse theohileng li tlōla sebakeng se lithaba sa Gileade.+ 2 Meno a hao a joaloka mohlape oa linku tse tšehali+ tse qetang ho kutoa tse tsoa hlatsuoa, tseo kaofela ha tsona li tsoalang mafahla, ho se le e ’ngoe har’a tsona e shoetsoeng ke likonyana. 3 Molomo oa hao o joaloka khoele e sekareleta, ’me ho bua ha hao hoa khahlisa.+ Litlhafunelo tsa hao ka mor’a lesira la hao li joaloka karolo ea kharenate.+ 4 Molala+ oa hao o joaloka tora+ ea Davida, e hahiloeng ka mela ea majoe, eo ho eona ho fanyehoang lithebe tse sekete, lithebe tsohle tse chitja+ tsa banna ba matla. 5 Matsoele a hao a mabeli+ a joaloka manamane a mabeli, mafahla a tšephe e tšehali, a fulang har’a likhahla.”+

6 “Ho fihlela letsatsi le phola+ le meriti e balehile, ke tla ea thabeng ea myra le leralleng la libano tse tšoeu.”+

7 “U motle ka ho feletseng,+ Uena kharebe ea ka, ’me ha ho na sekoli ho uena.+ 8 E se eka u ka tla le ’na ho tsoa Lebanone, Uena monyaluoa,+ e se eka u ka tla le ’na ho tsoa Lebanone.+ E se eka u ka theoha tlhōrōng ea Thaba e Shebaneng le Lebanone, tlhōrōng ea Senire,+ esita le Hermone,+ ho tloha lilaong tsa litau, ho tloha lithabeng tsa mangau. 9 U entse hore pelo ea ka e otle, Uena khaitseli ea ka,+ monyaluoa oa ka,+ u entse hore pelo ea ka e otle ka le leng la mahlo a hao,+ ka mokhabiso o le mong o leketlileng oa sefaha sa hao. 10 Lipontšo tsa hao tsa lerato li ntle hakaakang,+ Uena khaitseli ea ka, monyaluoa oa ka! Lipontšo tsa hao tsa lerato li molemo hakaakang ho feta veine le monko o monate oa li-oli tsa hao ho feta mefuta eohle ea setlolo se nkhang hamonate!+ 11 Molomo oa hao o ntse o rotha mahe a linotši a khekheng,+ Uena monyaluoa oa ka. Mahe a linotši+ le lebese li tlas’a leleme la hao, ’me monko o monate oa liaparo tsa hao o joaloka monko o monate+ oa Lebanone. 12 Khaitseli ea ka ke serapa se kampetsoeng,+ monyaluoa oa ka, ke serapa se kampetsoeng, seliba se tiisitsoeng. 13 Letlalo la hao ke paradeise ea likharenate, e nang le litholoana tse monate ka ho fetisisa,+ limela tsa hena hammoho le limela tsa nareda;+ 14 nareda+ le safrone,+ lehlaka+ le sinamone,+ hammoho le lifate tsa mefuta eohle ea libano tse tšoeu, myra le makhala,+ hammoho le litlolo tsohle tse nkhang hamonate tsa boleng bo botle ka ho fetisisa;+ 15 le mohloli oa lirapa, seliba sa metsi a hloekileng,+ le melapo e phallang e tsoang Lebanone.+ 16 Tsoha, Uena moea oa leboea, ’me u kene, Uena moea oa boroa.+ Foka holim ’a serapa sa ka.+ Etsa hore litlolo tsa sona tse nkhang hamonate li rothe.”

“Moratuoa oa ka a ke a tle serapeng sa hae ’me a je litholoana tsa sona tse monate ka ho fetisisa.”

5 “Ke tlile ka serapeng sa ka,+ Uena khaitseli ea ka,+ monyaluoa oa ka.+ Ke khile myra+ ea ka hammoho le senōko sa ka. Ke jele khekhe ea ka ea linotši hammoho le mahe a ka a linotši;+ ke noele veine ea ka hammoho le lebese la ka.”

“Jang, Lōna metsoalle! Noang ’me le tahoe ke lipontšo tsa lerato!”+

2 “Ke robetse, empa pelo ea ka e falimehile.+ Ho na le molumo oa moratuoa oa ka ea kokotang!”+

“Mpulele,+ Uena khaitseli ea ka, kharebe ea ka, leeba la ka, mohloka-koli oa ka!+ Etsoe hlooho ea ka e tletse phoka, moriri oa ka o tletse marotholi a bosiu.”+

3 “‘Ke hlobotse seaparo sa ka se selelele. Ke joang nka boelang ka se apara? Ke hlatsoitse maoto a ka. Ke joang nka a silafatsang?’ 4 Moratuoa oa ka o hutse letsoho la hae lesobeng la lemati, ’me likarolo tsa ka tse ka hare+ li lubehile ka hare ho ’na. 5 Ke ile ka tsoha, hore ke bulele moratuoa oa ka, ’me matsoho a ka a ile a rotha myra le menoana ea ka ea rotha myra e mokelikeli, holim ’a likoti tsa loko. 6 Ke ile ka bulela moratuoa oa ka, empa moratuoa oa ka o ne a fapohile, o ne a fetetse pele. Moea oa ka o ne o tsoile ho ’na ha a bua. Ke ile ka mo batla, empa ha kea ka ka mo fumana.+ Ke ile ka mo bitsa, empa ha aa ka a nkaraba. 7 Balebeli+ ba neng ba tsamaea har’a motse ba ile ba mphumana. Ba ile ba nkotla, ba ’ntša maqeba. Balebeli ba marako+ ba ntlhobolisa seaparo sa ka se sephara sa ho ithatela.

8 “Lōna barali ba Jerusalema,+ ke le hlapantšitse+ hore, haeba le fumana moratuoa oa ka,+ le mo bolelle hore ke kulisoa ke lerato.”+

9 “Ke joang moratuoa oa hao a fetang moratuoa leha e le ofe e mong,+ Uena e motle ka ho fetisisa har’a basali?+ Ke joang moratuoa oa hao a fetang moratuoa leha e le ofe e mong, hoo u re hlapantšitseng ka kano ee?”+

10 “Moratuoa oa ka oa benya ’me o mofubelu, o hlaheletse ka ho fetisisa ho ba likete tse leshome.+ 11 Hlooho ea hae ke khauta, khauta e hloekisitsoeng. Moriri oa hae ke masihla a litholoana tsa lipalema. Moriri oa hae o motšo o joaloka lekhoaba. 12 Mahlo a hae a joaloka maeba a leng likotopong tsa metsi, a itlhatsoang ka lebese, a lutseng mabōpong. 13 Marama a hae a joaloka serapa sa senōko,+ litora tsa litlama tse monko o monate. Molomo oa hae ke likhahla, tse rothang myra e mokelikeli.+ 14 Matsoho a hae ke meqomo ea khauta, e tletseng krysolite. Mpa ea hae ke lematjana la lenaka la tlou le koahetsoeng ka lisafire. 15 Maoto a hae ke litšiea tsa ’mabole tse tšehelitsoeng holim ’a litšehetso tse sekoti tsa khauta e hloekisitsoeng. Ponahalo ea hae e joaloka Lebanone, e ntle joaloka likedare.+ 16 Mahalapa a hae ke monate o feletseng, ’me ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka eena e khahleha ka ho feletseng.+ Enoa ke moratuoa oa ka, ’me enoa ke mohlankana oa ka, Lōna barali ba Jerusalema.”

6 “Moratuoa oa hao o ile hokae, Uena e motle ka ho fetisisa har’a basali?+ Moratuoa oa hao o khelohetse hokae, e le hore re ka mo batla le uena?”

2 “Moratuoa oa ka o theohetse serapeng sa hae,+ serapeng sa limela tsa linōko,+ ho lisa+ har’a lirapa, le ho kha likhahla. 3 ’Na ke oa moratuoa oa ka, ’me moratuoa oa ka ke oa ka.+ O lisa+ har’a likhahla.”

4 “U motle, Uena kharebe ea ka,+ joaloka Motse o Khahlehang,+ u khahleha joaloka Jerusalema,+ u susumetsa tšabo joaloka makhotla+ a khobokaneng ho potoloha lifolakha.+ 5 Tlosa mahlo a hao+ ka pel’a ka, hobane a mpherekantse. Moriri oa hao o joaloka mohlape oa lipōli tse theohileng li tlōla ho tsoa Gileade.+ 6 Meno a hao a joaloka mohlape oa linku tse tšehali tse tsoa hlatsuoa, tseo kaofela ha tsona li tsoalang mafahla, ho se le e ’ngoe har’a tsona e shoetsoeng ke likonyana.+ 7 Litlhafunelo tsa hao ka mor’a lesira la hao li joaloka karolo ea kharenate.+ 8 Ho ka ’na ha e-ba le mafumahali a mashome a tšeletseng le lirethe tse mashome a robeli le baroetsana ba se nang palo.+ 9 O mong eo e leng leeba la ka,+ mohloka-koli oa ka.+ O mong eo e leng oa ’m ’ae. Ke ea hloekileng oa ea mo belehang. Barali ba mo bone, ’me ba phatlalatsa hore o thabile; mafumahali le lirethe li mo bone, ’me tsa mo rorisa,+ 10 ‘Ngoanana enoa ke mang+ ea talimang tlaase joaloka mafube,+ e motle joaloka khoeli e tolokileng,+ ea hloekileng joaloka letsatsi le khanyang,+ ea susumetsang tšabo joaloka makhotla a khobokaneng ho potoloha lifolakha?’”+

11 “Ke ne ke theohetse serapeng+ sa lifate tsa linate, ho bona lithunthung phuleng ea molapo o phoroselang,+ ho bona hore na sefate sa morara se ne se hlōmetse, hore na lifate tsa likharenate li ne li thuntse.+ 12 Pele ke hlokomela, moea oa ka o ne o mpehile likoloing tsa batho ba heso ba nang le boikutlo bo botle.”

13 “Khutla, khutla, Uena Moshulame! Khutla, khutla, e le hore re ka u bona!”+

“Le bona eng ho Moshulame?”+

“Ho hong ho joaloka motjeko oa liahelo tse peli!”

7 “Mehato ea hao e bile metle hakaakang meqathatsong ea hao,+ Uena morali ea nang le boikutlo bo botle!+ Bochitja ba lirope tsa hao bo joaloka mekhabiso,+ mosebetsi oa matsoho a setsebi sa mosebetsi oa matsoho. 2 Mokhubu oa hao ke sekotlolo se sechitja. Veine e tsoakiloeng+ e se ke ea haella ho sona. Mpa ea hao ke setha sa koro, se etselitsoeng motero ka likhahla.+ 3 Matsoele a hao a mabeli a joaloka manamane a mabeli, mafahla a tšephe e tšehali.+ 4 Molala+ oa hao o joaloka tora ea lenaka la tlou. Mahlo+ a hao a joaloka matamo a Heshbone,+ hekeng ea Bathe-rabime. Nko ea hao e joaloka tora ea Lebanone, e shebileng nģ’a Damaseka. 5 Hlooho ea hao ho uena e joaloka Karmele,+ ’me moriri+ oa hlooho ea hao o joaloka boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu.+ Morena o bolokoa litlamong ke moriri o lepeletseng.+ 6 U motle hakaakang, ’me u khahleha hakaakang, Uena ngoanana ea ratoang, har’a thabo e phethehileng!+ 7 Seemo sena sa hao se tšoana le sefate sa palema,+ ’me matsoele a hao,+ a tšoana le masihla a litholoana tsa palema. 8 Ke itse, ‘Ke tla hloella sefateng sa palema, e le hore nka tšoara makala a sona a litholoana tsa lipalema.’+ Ka kōpo, e se eka matsoele a hao a ka ba joaloka masihla a sefate sa morara, ’me monko o monate oa nko ea hao o be joaloka liapole, 9 le mahalapa a hao a be joaloka veine e monate+ ka ho fetisisa e tsamaeang ka mokhoa o thellang+ bakeng sa moratuoa oa ka, e phallang hamonate melomong ea ba robetseng.”

10 “’Na ke oa moratuoa oa ka,+ ’me takatso ea hae e ho ’na.+ 11 Tloo, Uena moratuoa oa ka, re ee tšimong;+ a re lule har’a limela tsa hena.+ 12 A re tsohe hoseng ’me re ee lirapeng tsa morara, e le hore re ka bona hore na sefate sa morara se hlōmetse,+ thunthung e phutholohile,+ lifate tsa likharenate li thuntse.+ Moo ke tla u fa lipontšo tsa ka tsa lerato.+ 13 Limandrake+ li fane ka monko oa tsona o monate, ’me menyakong ea rōna ho na le litholoana tse monate ka ho fetisisa tsa mefuta eohle.+ Uena moratuoa oa ka, ke u boloketse tse ncha hammoho le tsa khale.

8 “Hoja u ne u le joaloka khaitseli ea ka,+ ea anyang matsoele a ’Mè!+ Ha ke ne nka u fumana ka ntle, ke ne ke tla u aka.+ Batho ba ne ba ke ke ba ’nyelisa. 2 Ke ne ke tla u etella pele, ke ne ke tla u tlisa ka tlung ea ’Mè,+ ea neng a nthuta. Ke ne ke tla u fa veine e nōkiloeng+ ka linōko hore u e noe, lero le lecha la likharenate. 3 Letsoho la hae le letšehali le ne le tla ba tlas’a hlooho ea ka; ’me letsoho la hae le letona—le ne le tla nkopa.+

4 “Lōna barali ba Jerusalema, ke le hlapantšitse hore le se ke la leka ho tsosa kapa ho susumetsa lerato ka ho ’na ho fihlela lona le batla.”+

5 “Ngoanana enoa ke mang+ ea nyolohang lefeelleng,+ ea itšetlehileng ka moratuoa oa hae?”+

“Ke ile ka u tsosa tlas’a sefate sa liapole. ’M’ao o ne a le moo a le bohlokong ba pelehi ka lebaka la hao. Ea u belehileng o ile a ba le bohloko ba pelehi moo.+

6 “Mpehe joaloka tiiso pelong ea hao,+ joaloka tiiso letsohong la hao; hobane lerato le matla joaloka lefu,+ ho tsitlella boinehelo bo khethehileng+ ha ho inehele joaloka Sheole. Mocheso oa lona ke mocheso oa mollo, lelakabe la Jah.+ 7 Metsi a mangata ha a khone ho tima lerato,+ leha e le hore linōka li ka le hohola.+ Haeba motho a ne a tla fana ka lintho tsohle tsa bohlokoa tsa ntlo ea hae bakeng sa lerato, ruri batho ba ne ba tla li nyelisa.”

8 “Re na le khaitseli e nyenyane+ e se nang matsoele ho hang. Re tla etsetsa khaitseli ea rōna eng letsatsing leo e tla kōpuoa ka lona?”

9 “Haeba e ka ba lerako,+ re tla haha holim ’a hae tora ea silevera; empa haeba e ka ba monyako,+ re tla mo thiba ka lepolanka la kedare.”

10 “’Na ke lerako, ’me matsoele a ka a joaloka litora.+ Ka lebaka lena mahlong a hae ke fetohile ea joaloka ea fumanang khotso.

11 “Solomone o ne a e-na le serapa sa morara+ Baale-hamone. O ile a fana ka serapa seo sa morara ho bahlokomeli.+ E mong le e mong o ne a tla tlisa likotoana tsa silevera tse sekete bakeng sa litholoana tsa eona.

12 “Serapa sa ka sa morara, seo e leng sa ka, se taolong ea ka. Sekete ke sa hao, Uena Solomone, ’me makholo a mabeli ke a ba hlokomelang litholoana tsa sona.”

13 “Lōna ba lulang lirapeng,+ balekane ba ela lentsoe la lōna hloko. E-reng ke le utloe.”+

14 “Baleha, moratuoa oa ka, ’me u iketse joaloka tšephe kapa joaloka namane ea likhama tse tona holim ’a lithaba tsa linōko.”+

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela