Moeklesia
1 Mantsoe a ’mokelli,+ mora oa Morena Davida oa Jerusalema.+ 2 “Lefeela la mafeela!”+ ho boletse ’mokelli, “lefeela la mafeela! Ntho e ’ngoe le e ’ngoe ke lefeela!”+ 3 Motho o ba le molemo ofe mosebetsing oa hae oohle o boima oo a sebetsang+ ka thata ho oona tlas’a letsatsi?+ 4 Moloko oa ea,+ ’me moloko oa tla;+ empa lefatše le eme esita le ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ 5 Letsatsi le boetse le chabile, letsatsi le liketse,+ ’me le tla le hemesela sebakeng sa lona moo le tlang ho chabela teng.+
6 Moea o ea boroa, ’me o potoloha ho ea leboea.+ O tsoela pele ho potoloha o sa khaotse,+ ’me moea o khutlela moo o potolohang teng.+
7 Melapo eohle e phoroselang ea mariha+ e phallela leoatleng,+ empa leha ho le joalo leoatle ha le tlale.+ Sebakeng seo melapo e phoroselang ea mariha e phallelang ho sona, e khutlela ho sona e le hore e ka phalla.+ 8 Lintho tsohle lia tepeletsa;+ ha ho le ea mong ea khonang ho bua ka hona. Leihlo ha le khotsofalle ho bona,+ leha e le hore tsebe ea tlala ke ho utloa.+ 9 Se leng teng, ke sona se tlang ho ba teng;+ le se entsoeng, ke sona se tlang ho etsoa; kahoo ha ho letho le lecha tlas’a letsatsi.+ 10 Na ho na le ntho leha e le efe eo ka eona e mong a ka reng: “Bona hona; ho hocha”? E se e ntse e bile teng ka nako e sa lekanyetsoang;+ se leng teng se tsoa nakong ea pele ho rōna.+ 11 Ha ho na sehopotso sa batho ba linakong tsa pele, leha e le hore ho tla ba le sa ba tlang ho ba teng hamorao.+ Ho ke ke ha e-ba le sehopotso sa bona har’a ba tla ba teng hamorao.+
12 ’Na, ’mokelli, ke ne ke le morena oa Iseraele Jerusalema.+ 13 Ke ile ka beha pelo ea ka ho batleng le ho phenyeng bohlale+ kamanong le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e entsoeng tlas’a maholimo—mosebetsi oa tlokotsi oo Molimo a o fileng bara ba moloko oa batho oo ba lokelang ho tšoareha ka oona.+ 14 Ke ile ka bona mesebetsi eohle e entsoeng tlas’a letsatsi,+ ’me, bonang! ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e le lefeela le ho lelekisa moea.+
15 Se khopamisitsoeng se ke ke sa otlolloa,+ le se haellang ho ke ke ha etsahala hore se baloe. 16 Ke ile ka bua le pelo ea ka,+ ka re: “Bona! Ke atetsoe ke bohlale ho feta mang kapa mang ea bileng teng pele ho ’na Jerusalema,+ ’me pelo ea ka e ile ea bona bohlale bo boholo le tsebo.”+ 17 Ke ile ka qala ho nehelana ka pelo ea ka ho tsebeng bohlale le ho tsebeng bohlanya,+ ’me ke tseba booatla,+ hore sena le sona ke ho lelekisa moea.+ 18 Etsoe moo bohlale bo leng bongata ho na le matšoenyeho a mangata,+ hoo ea eketsang tsebo a eketsang bohloko.+
2 Ke ile ka re, ka pelong ea ka:+ “Tloo joale, e-re ke u leke ka thabo.+ Hape, bona se molemo.”+ Bonang! Seo le sona e ne e le lefeela. 2 Ke ile ka re ho litšeho: “Bohlanya!”+ le ho thabo:+ “E etsa’ng?”
3 Ke ile ka phenya ka pelo ea ka ka ho hlasimolla nama ea ka esita le ka veine,+ ha ke ntse ke tsamaisa pelo ea ka ka bohlale,+ esita le ho tšoara booatla ho fihlela nka bona hore na ho na le molemo ofe ho bara ba moloko oa batho ho seo ba ileng ba se etsa tlas’a maholimo ka palo ea matsatsi a bophelo ba bona.+ 4 Ka kopanela mesebetsing e meholo.+ Ka ikahela matlo;+ ka itemela lirapa tsa morara.+ 5 Ka iketsetsa lirapa le lirapa tsa lifate,+ ’me ho tsona ka lema lifate tsa litholoana tsa mefuta eohle. 6 Ka iketsetsa matamo a metsi,+ ho nosetsa meru ka ’ona, e hlahisang lifate.+ 7 Ka ba le bahlanka le makhabunyane,+ ’me ka ba le bara ba lelapa.+ Hape, ka ba le liphoofolo tse ruiloeng, likhomo le mehlape ka bongata, ho feta bohle ba bileng teng pele ho ’na Jerusalema.+ 8 Ka ipokellela le silevera le khauta,+ le thepa eo ka ho khethehileng e leng ea marena le liprofinse.+ Ka iketsetsa libini tsa banna le libini tsa basali+ le thabo e phethehileng+ ea bara ba moloko oa batho, e leng mofumahali, esita le mafumahali.+ 9 Ka ba moholo ’me ka ateloa ho feta mang kapa mang ea bileng teng pele ho ’na Jerusalema.+ Ho feta moo, bohlale ba ka bo ile ba lula e le ba ka.+
10 Ha kea ka hlokisa mahlo a ka ntho leha e le efe eo a neng a e batla.+ Ha kea ka ka hanela pelo ea ka ka thabo ea mofuta leha e le ofe, etsoe pelo ea ka e ne e thabile ka lebaka la mosebetsi oohle oa ka o boima,+ ’me sena e ile ea e-ba kabelo ea ka ho tsoa mosebetsing oohle oa ka o boima.+ 11 Ka retelehela mesebetsing eohle ea ka eo matsoho a ka a neng a e entse le mosebetsing o boima oo ke neng ke sebelitse ka thata ho o phetha,+ ’me, bonang! ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e le lefeela le ho lelekisa moea,+ ho ne ho se letho le molemo tlas’a letsatsi.+
12 Ka reteleha ho bona bohlale+ le bohlanya le booatla;+ etsoe ke eng seo motho oa lefatše ea kenang ka mor’a morena a ka se etsang? Ntho eo batho ba seng ba ntse ba e entse. 13 Ka bona hore bohlale bo na le molemo o moholo ho feta oa booatla,+ feela joalokaha leseli le e-na le molemo o moholo ho feta oa lefifi.+
14 Ha e le mang kapa mang ea bohlale, mahlo a hae a hloohong;+ empa ea hlokang kelello o ntse a tsamaea lefifing le fetisisang.+ Kea tseba, le ’na, hore ho na le qetello e le ’ngoe e ba hlahelang kaofela.+ 15 Ka re ka pelong ea ka:+ “Qetello e kang e tlelang ea hlokang kelello+ e tla ntlhahela, e, ’na.”+ Joale, ke hobane’ng ha ke ne ke hlalefile, ke le joaloka ho fetang tekanyo+ ka nako eo? Ke ile ka bua ka pelong ea ka: “Sena le sona ke lefeela.” 16 Etsoe ea bohlale ha a sa tla hopoloa ho isa nakong e sa lekanyetsoang feela joaloka ea hlokang kelello.+ Matsatsing a seng a ntse a tla, ka sebele e mong le e mong oa lebaloa; ’me ea bohlale o tla shoa joang? Hammoho le ea hlokang kelello.+
17 Ke ne ke hloile bophelo,+ hobane mosebetsi o entsoeng tlas’a letsatsi o ne o baka tlokotsi ho ea ka pono ea ka,+ etsoe ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e le lefeela le ho lelekisa moea.+ 18 Ke ne ke hloile mosebetsi oohle oa ka o boima oo ke neng ke sebetsa ka thata ho oona tlas’a letsatsi,+ oo ke neng ke tla o siela motho ea neng a tla ba teng ka mor’a ka.+ 19 Ke mang ea tsebang hore na o tla ba bohlale kapa e be leoatla?+ Empa leha ho le joalo o tla ba le taolo holim ’a mosebetsi oohle oa ka o boima oo ke ileng ka sebetsa ka thata ho oona le oo ke ileng ka bontša bohlale ho oona tlas’a letsatsi.+ Sena le sona ke lefeela. 20 Ke ile ka retelehela ho etseng hore pelo ea ka e felloe ke tšepo+ ka lebaka la mosebetsi oohle o boima oo ke neng ke o sebelitse ka thata tlas’a letsatsi. 21 Etsoe ho na le motho eo mosebetsi oa hae o boima o bileng ka bohlale le ka tsebo le ka botsebi,+ empa motho ea sa sebetsang ka thata nthong e joalo o tla fuoa kabelo ea eo.+ Sena le sona ke lefeela le tlokotsi e khōlō.+
22 Etsoe motho o ba le eng bakeng sa mosebetsi oohle oa hae o boima le boiteko ba pelo ea hae boo ka bona a sebetsang ka thata tlas’a letsatsi?+ 23 Ka matsatsi ’ohle a hae mosebetsi oa hae o bolela bohloko le matšoenyeho,+ le nakong ea bosiu ho hang pelo ea hae ha e robale.+ Sena le sona ke lefeela-feela.
24 Ho motho ha ho letho le molemo ho feta hore a je ’me ka sebele a noe le ho etsa hore moea oa hae o bone se molemo ka lebaka la mosebetsi oa hae o boima.+ Sena le sona ke se bone, hore sena se tsoa letsohong la Molimo oa ’nete.+ 25 Etsoe ke mang ea jang+ le ea noang hamolemo ho mpheta?+
26 Etsoe o file motho ea molemo ka pel’a hae+ bohlale le tsebo le thabo,+ empa o file moetsalibe mosebetsi oa ho bokella le ho phutha hore feela a fe ea molemo ka pel’a Molimo oa ’nete.+ Sena le sona ke lefeela le ho lelekisa moea.+
3 Ho na le nako e behiloeng bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe,+ esita le nako bakeng sa taba e ’ngoe le e ’ngoe tlas’a maholimo: 2 nako ea tsoalo+ le nako ea ho shoa;+ nako ea ho lema le nako ea ho fothola se lenngoeng;+ 3 nako ea ho bolaea+ le nako ea ho folisa;+ nako ea ho heletsa le nako ea ho haha;+ 4 nako ea ho lla+ le nako ea ho tšeha;+ nako ea ho bokolla+ le nako ea ho tlōla-tlōla;+ 5 nako ea ho lahla majoe+ le nako ea ho bokella majoe;+ nako ea ho kopa+ le nako ea ho se kope;+ 6 nako ea ho batla+ le nako ea ho tela se lahlehileng; nako ea ho boloka le nako ea ho lahla;+ 7 nako ea ho hahola+ le nako ea ho rōkahanya;+ nako ea ho khutsa+ le nako ea ho bua;+ 8 nako ea ho rata le nako ea ho hloea;+ nako ea ntoa+ le nako ea khotso.+ 9 Moetsi o fumana molemo ofe ho seo a sebetsang ka thata ho sona?+
10 Ke bone mosebetsi oo Molimo a o fileng bara ba moloko oa batho oo ba lokelang ho tšoareha ka oona.+ 11 O entse ntho e ’ngoe le e ’ngoe e le ntle ka nako ea eona.+ O kentse nako e sa lekanyetsoang ka lipelong tsa bona,+ e le hore le ka mohla moloko oa batho o se ke oa fumana mosebetsi oo Molimo oa ’nete a o entseng ho tloha qalong ho isa qetellong.+ 12 Kea tseba hore ha ho letho le molemo ho bona ho feta ho thaba le ho etsa se molemo nakong ea bophelo ba motho;+ 13 le hore motho e mong le e mong a je ’me a noe le ho bona se molemo bakeng sa mosebetsi oohle oa hae o thata.+ Ke mpho ea Molimo.+
14 Kea tseba hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Molimo oa ’nete a e etsang, e tla ba teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ Ho eona ha ho letho le ka eketsoang ’me ho eona ha ho letho le ka tlosoang;+ empa Molimo oa ’nete o e entse,+ e le hore batho ba ka tšoha ka lebaka la hae.+
15 Se bileng teng, se ne se se se ntse se le teng, le se tlang ho ba teng se se se ntse se le teng;+ ’me Molimo oa ’nete+ o tsoela pele ho batla se phehelloang.+
16 Ke boetse ke bone tlas’a letsatsi sebaka sa toka seo ho sona ho neng ho e-na le bokhopo le sebaka sa ho loka seo ho sona ho neng ho e-na le bokhopo.+ 17 Ke itse ka pelong ea ka:+ “Molimo oa ’nete o tla ahlola ea lokileng le ea khopo,+ etsoe ho na le nako bakeng sa taba e ’ngoe le e ’ngoe le malebana le mosebetsi o mong le o mong moo.”+
18 Ke boletse ka pelong ea ka mabapi le bara ba moloko oa batho hore Molimo oa ’nete o tla ba khetha, e le hore ba ka bona hore ke liphoofolo.+ 19 Etsoe ho na le qetello mabapi le bara ba moloko oa batho le qetello mabapi le phoofolo, ’me ba na le qetello e tšoanang.+ Joalokaha motho a shoa, phoofolo e shoa ka mokhoa o tšoanang;+ kaofela ba na le moea+ o le mong, hoo motho a sa phahamang ho feta phoofolo, kaha ntho e ’ngoe le e ’ngoe ke lefeela. 20 Bohle ba ea sebakeng se le seng.+ Bohle ba bile teng ba tsoa lerōleng,+ ’me bohle ba khutlela lerōleng.+ 21 Ke mang ea tsebang moea oa bara ba moloko oa batho, hore na o nyolohela holimo; le moea oa phoofolo, hore na o theohela tlaase lefatšeng?+ 22 Ke bone hore ha ho letho le molemo ho feta hore motho a thabe mesebetsing ea hae,+ etsoe seo ke kabelo ea hae; kahobane ke mang ea tlang ho mo tlisa hore a talime se tlang ho ba teng ka mor’a hae?+
4 Ke ile ka khutla e le hore nka bona liketso tsohle tsa khatello+ tse ntseng li etsoa tlas’a letsatsi, ’me, bonang! meokho ea ba ntseng ba hatelloa,+ empa ba ne ba se na motšelisi;+ bahatelli ba bona ba ne ba e-na le matla, hoo ba neng ba se na motšelisi. 2 Ke ile ka lebohela ba neng ba se ba ntse ba shoele ho e-na le ba neng ba ntse ba phela.+ 3 Kahoo ea molemo ho ba feta ka bobeli ke ea sa ntseng a e-s’o be teng,+ ea sa bonang mosebetsi oa tlokotsi o ntseng o etsoa tlas’a letsatsi.+
4 Ke bone mosebetsi oohle o boima le botsebi bohle mosebetsing,+ hore ho bolela tlhōlisano ea e mong khahlanong le e mong;+ sena le sona ke lefeela le ho lelekisa moea.
5 Ea hlokang kelello o phutha matsoho+ ’me o ja nama ea hae.+
6 Phomolo e tletseng letsoho e molemo ho feta mosebetsi o boima o tletseng matsoho a mabeli le ho lelekisa moea.+
7 Ke ile ka khutla e le hore nka bona lefeela tlas’a letsatsi: 8 Ho na le a le mong, empa ha ho oa bobeli;+ hape ha a na mora kapa mor’abo,+ empa mosebetsi oohle oa hae o boima ha o fele. Hape, mahlo a hae ha a khotsofalle maruo:+ “Ke sebeletsa mang ka thata le ho hlokisa moea oa ka lintho tse molemo?”+ Sena le sona ke lefeela, ’me ke mosebetsi oa tlokotsi.+
9 Ba babeli ba molemo ho feta a le mong,+ hobane ba na le moputso o molemo bakeng sa mosebetsi oa bona o boima.+ 10 Etsoe haeba a le mong oa bona a ka oa, e mong a ka emisa molekane oa hae.+ Empa ho tla ba joang ka a le mong feela ea oang ha ho se na e mong ea mo emisang?+
11 Ho feta moo, haeba ba babeli ba robala hammoho, ka sebele le bona ba tla futhumala; empa a le mong feela a ka futhumala joang?+ 12 Haeba e mong a ne a ka hlōla a le mong feela ka matla, ba babeli ba leng hammoho ba ne ba ka ema khahlanong le eena.+ Thapo e meloho e meraro e ke ke ea khaoloa likoto tse peli kapele.
13 Ngoana ea hlokang empa a le bohlale+ o molemo ho feta morena ea tsofetseng empa a hloka kelello,+ ea sa tsebeng ho lekaneng hore a ka hlola a sa lemosoa.+ 14 Etsoe o tlohile ntlong ea chankana hore e be morena,+ le hoja boreneng ba enoa a ne a tsoetsoe e le ea nang le ho honyenyane.+ 15 Ke bone bohle ba phelang ba tsamaeang tlas’a letsatsi, kamoo ho bang kateng ka ngoana, oa bobeli, ea emang sebakeng sa e mong.+ 16 Ha ho na bofelo ho batho bohle, ho bohle bao a bileng teng pele ho bona;+ leha e le hore batho ka mor’a moo ba tla mo thabela,+ etsoe sena le sona ke lefeela le ho lelekisa moea.+
5 Lebela maoto+ a hao neng kapa neng ha u e-ea ntlong ea Molimo oa ’nete; u ke u atamele hore u utloe,+ ho e-na le ho fana ka sehlabelo joalokaha ba hlokang kelello ba etsa,+ etsoe ha ba hlokomele ha ba etsa se sebe.+
2 U se ke ua potlaka mabapi le molomo oa hao; ha e le pelo ea hao,+ e se ke ea potlakela ho hlahisa lentsoe ka pel’a Molimo oa ’nete.+ Etsoe Molimo oa ’nete o maholimong+ empa uena u lefatšeng. Ke ka lebaka leo mantsoe a hao e lokelang ho ba a seng makae.+ 3 Etsoe ka sebele toro e tla ka lebaka la mosebetsi o mongata,+ ’me lentsoe la ea hlokang kelello le tla ka lebaka la mantsoe a mangata.+ 4 Neng kapa neng ha u etsa boitlamo ho Molimo, u se ke ua tsilatsila ho bo phetha,+ etsoe ha ho thabeloe ba hlokang kelello.+ U phethe boitlamo boo u bo etsang.+ 5 Ho molemo hore u se ke ua etsa boitlamo+ ho feta hore u etse boitlamo ’me u se ke ua bo phetha.+ 6 U se ke ua lumella molomo oa hao ho etsa hore nama ea hao e etse sebe,+ kapa ua bolela ka pel’a lengeloi+ hore e ne e le phoso.+ Ke hobane’ng ha Molimo oa ’nete a lokela ho halefa ka lebaka la lentsoe la hao ’me a lokela ho senya mosebetsi oa matsoho a hao?+ 7 Etsoe ka lebaka la mosebetsi o mongata ho na le litoro,+ ’me ho na le mafeela le mantsoe a mangata. Empa tšaba Molimo oa ’nete.+
8 Haeba u bona ho hatelloa leha e le hofe ha ea nang le ho honyenyane le ho tlosoa ho mabifi ha kahlolo+ le ha ho loka profinseng, u se ke ua makala ka lebaka la taba eo,+ etsoe ea phahametseng ea phahameng+ o talimile,+ ’me ho na le ba ba phahametseng.
9 Hape, phaello ea lefatše e har’a bona kaofela;+ morena o sebelelitsoe bakeng sa tšimo.+
10 Ea ratang silevera a ke ke a khotsofalla silevera, hape leha e le ofe ea ratang leruo a ke ke a khotsofalla chelete e kenang.+ Sena le sona ke lefeela.+
11 Ha lintho tse molemo li ngatafala, ka sebele ba li jang baa ngatafala.+ Ho na le molemo ofe ho mong’a tsona e moholo, haese ho li talima ka mahlo?+
12 Boroko+ ba ea sebeletsang bo monate, ho sa tsotellehe hore na ke ho honyenyane kapa ho hongata hoo a ho jang; empa lintho tse ngata tsa morui ha li mo lumelle ho robala.
13 Ho na le tlokotsi e khōlō eo ke e boneng tlas’a letsatsi: maruo a ntseng a bolokeloa mong’a ’ona e moholo a isa tlokotsing ea hae.+ 14 Maruo ao a timetse+ ka lebaka la mosebetsi oa tlokotsi, hape o tsoetse mora ha ho se na letho ho hang ka letsohong la hae.+
15 Feela joalokaha motho a tsoile ka mpeng ea ’m ’ae, o tla boela a tsamaee a le feela,+ joalokaha a tlile a le joalo; ho hang ha ho letho leo motho a ka le nkang+ bakeng sa mosebetsi oa hae o boima, leo a ka le nkang ka letsoho a tsamaea le lona.
16 Sena le sona ke tlokotsi e khōlō: hantle feela kamoo motho a tlileng kateng, o tla tloha joalo; ’me ho na le molemo ofe ho ea ntseng a sebetsa ka thata bakeng sa moea?+ 17 Hape, ka matsatsi ’ohle a hae o jella lefifing, ka matšoenyeho a maholo,+ ka boloetse le ka sesosa sa khalefo.
18 Bonang! Ntho e molemo ka ho fetisisa eo ke e boneng, e ntle, ke hore motho a je a noe ’me a bone se molemo bakeng sa mosebetsi oa hae oohle o boima+ oo ka oona a sebetsang ka thata tlas’a letsatsi ka palo ea matsatsi a bophelo ba hae boo Molimo oa ’nete a mo fileng bona, etsoe seo ke kabelo ea hae. 19 Hape motho e mong le e mong eo Molimo oa ’nete a mo fileng maruo le matlotlo a lintho tse bonahalang,+ o boetse o mo file matla a hore a je ho ’ona+ le ho nka kabelo ea hae ’me a thabe mosebetsing oa hae o boima.+ Ena ke mpho ea Molimo.+ 20 Etsoe hase hangata a tlang ho hopola matsatsi a bophelo ba hae, hobane Molimo oa ’nete o etsa hore a tšoarehe ka ho thaba ha pelo ea hae.+
6 Ho na le tlokotsi eo ke e boneng tlas’a letsatsi, ’me e etsahala khafetsa har’a moloko oa batho: 2 motho eo Molimo oa ’nete a mo fang maruo le matlotlo a lintho tse bonahalang le khanya+ le eo, bakeng sa moea oa hae, a sa hlokeng letho leo a le labalabelang,+ leha ho le joalo Molimo oa ’nete a sa mo nolofalletse hore a je ho eona,+ le hoja osele+ feela a ka e ja. Sena ke lefeela ’me ke boloetse bo bobe. 3 Haeba motho e ka ba ntate ka makhetlo a lekholo,+ ’me a ka phela lilemo tse ngata, hoo matsatsi a lilemo tsa hae a ka bang mangata,+ empa leha ho le joalo moea oa hae o sa khotsofalla lintho tse molemo+ ’me a bile a sa bona lebitla,+ ka sebele ke tla re ngoana ea hlahileng a khathetse o molemo ho mo feta.+ 4 Etsoe ke ha lefeela enoa a tlileng ’me o tsamaea ka lefifi, ’me lebitso la hae le tla koaheloa ka lefifi.+ 5 Esita le letsatsi ha aa le bona, leha e le ho le tseba.+ Enoa o ba le phomolo ho mo feta.+ 6 Esita leha ho ka thoe o phetse lilemo tse sekete ka makhetlo a mabeli leha ho le joalo a sa bona se molemo,+ na hase sebakeng se le seng feela moo e mong le e mong a eang teng?+
7 Mosebetsi oohle o boima oa moloko oa batho ke bakeng sa melomo ea bona,+ empa esita le moea oa bona ha o khotsofale. 8 Etsoe ea bohlale o na le molemo ofe ho ea hlokang kelello?+ Ea hlorileng o na le eng ho tsebeng kamoo a lokelang ho tsamaea ka pel’a ba phelang? 9 Ho bona ka mahlo ho molemo ho feta ho tsamaea ha moea.+ Sena le sona ke lefeela le ho lelekisa moea.+
10 Eng kapa eng e leng teng, lebitso la eona le se le ntse le phatlalalitsoe, ’me ho tsebahetse hore na motho ke’ng;+ hape ha a khone ho buella nyeoe ea hae ho ea matla ho mo feta.+
11 Kahobane ho na le lintho tse ngata tse bakang lefeela le leholo,+ motho o na le molemo ofe? 12 Etsoe ke mang ea tsebang hore na ke molemo ofe oo motho a bang le oona bophelong+ ka palo ea matsatsi a bophelo ba hae ba lefeela, ha a a sebelisa joaloka seriti?+ Etsoe ke mang ea ka bolellang motho se tla etsahala ka mor’a hae tlas’a letsatsi?+
7 Lebitso le molemo ho feta oli e ntle,+ ’me letsatsi la ho shoa le molemo ho feta letsatsi la ho tsoaloa ha motho.+ 2 Ho molemo ho ea ntlong ea ho siama ho feta ho ea ntlong ea mokete,+ hobane eo ke pheletso ea moloko oohle oa batho; ’me ea phelang o lokela ho e tebisetsa pelong ea hae. 3 Matšoenyeho a molemo ho feta litšeho,+ etsoe ka ho hlonama ha sefahleho pelo e ba molemo.+ 4 Lipelo tsa ba bohlale li ntlong ea ho siama,+ empa lipelo tsa ba hlokang kelello li ntlong ea ho thaba.+
5 Ho molemo ho utloa khalemelo e matla ea ea bohlale+ ho feta ho ba motho ea utloang pina ea ba hlokang kelello.+ 6 Etsoe joaloka molumo oa meutloa tlas’a pitsa, litšeho tsa ea hlokang kelello li joalo;+ sena le sona ke lefeela. 7 Etsoe khatello feela e ka etsa hore ea bohlale a etse ka bohlanya,+ ’me mpho+ e ka senya pelo.+
8 Qetello ea taba hamorao e molemo ho feta tšimoloho ea eona.+ Ea sa feleng pelo o molemo ho feta ea ikhohomosang moeeng.+ 9 U se ke ua potlaka moeeng oa hao hore u khopehe,+ etsoe ho khopeha ho lula lifubeng tsa ba hlokang kelello.+
10 U se ke ua re: “Ke hobane’ng ha matsatsi a pele a bile molemo ho feta aa?”+ etsoe hase ka lebaka la bohlale+ u botsitseng ka sena.
11 Bohlale hammoho le lefa bo molemo ebile boa ruisa ho ba bonang letsatsi.+ 12 Etsoe bohlale ke tšireletso+ joalokaha chelete e le tšireletso;+ empa molemo oa tsebo ke hore bohlale bo boloka ba nang le bona ba phela.+
13 Bona mosebetsi+ oa Molimo oa ’nete, etsoe ke mang ea khonang ho otlolla seo a se khopamisitseng?+ 14 Letsatsing le letle u be ea molemo,+ ’me letsatsing la tlokotsi u bone hore Molimo oa ’nete o entse hore esita le lena le be hantle feela joalo,+ ka morero oa hore ho hang moloko oa batho o se ke oa fumana letho ka mor’a oona.+
15 Ke bone ntho e ’ngoe le e ’ngoe matsatsing a ka a lefeela.+ Ho na le ea lokileng ea timelang ho lokeng ha hae,+ ’me ho na le ea khopo ea tsoelang pele halelele bobeng ba hae.+
16 U se ke ua ba ea lokileng ho feta tekanyo,+ kapa ua iponahatsa u le bohlale ka ho fetisisa.+ Ke hobane’ng ha u ka ipakela tšenyeho?+ 17 U se ke ua ba ea khopo ho feta tekanyo,+ kapa ua ba leoatla.+ Ke hobane’ng ha u ka shoa e se nako ea hao?+ 18 Ho molemo hore u tšoare ho hong, empa hape u se ke ua tlosa letsoho la hao ho ho hong;+ etsoe ea tšabang Molimo o tla tsamaea le tsona kaofela.+
19 Bohlale bo matla bakeng sa ea bohlale ho feta banna ba leshome ba pusong ba bileng motseng.+ 20 Etsoe ha ho motho ea lokileng lefatšeng ea tsoelang pele ho etsa se molemo ’me a sa etse sebe.+
21 Hape, u se ke ua tebisetsa pelong mantsoe ’ohle ao batho ba ka a buang,+ e le hore u se ke ua utloa mohlanka oa hao a u rohaka.+ 22 Etsoe pelo ea hao e tseba hantle esita le makhetlo a mangata ao ka ’ona u rohakileng ba bang.+
23 Sena sohle ke se lekile ka bohlale. Ke ile ka re: “Ka sebele ke tla hlalefa.” Empa se ne se le hōle le ’na.+ 24 Se leng teng se hōle ’me se tebile ka ho fetisisang. Ke mang ea ka se fumanang?+ 25 Ke ile ka reteleha, esita le pelo ea ka e ile ea ho etsa,+ hore ke tsebe le ho phenya le ho batla bohlale+ le lebaka la lintho,+ le ho tseba ka bokhopo ba ho hloka kelello le booatla ba bohlanya;+ 26 ’me ke ne ke fumana hore: Mosali eo e leng matlooa a ho tsoma le eo pelo ea hae e leng matlooa a huloang le eo matsoho a hae e leng litlamo+ o sehlōhō ho feta lefu.+ Motho o molemo ka pel’a Molimo oa ’nete haeba a baleha ho eena, empa motho o etsa sebe haeba a haptjoa ke eena.+
27 “Bonang! Ke fumane sena,” ho boletse ’mokelli,+ “ntho e ’ngoe e kopanngoa le e ’ngoe, ho fumana kakaretso,+ 28 eo moea oa ka o e batlileng o sa khaotse, empa ke sa e fumana. Ke fumane monna a le mong ho ba sekete,+ empa har’a bana bohle ha kea fumana mosali.+ 29 Bonang! Ke fumane sena feela, hore Molimo oa ’nete o ile a etsa moloko oa batho o lokile,+ empa ke oona o batlileng mano a mangata.”+
8 Ke mang ea joaloka ea bohlale?+ Ke mang ea tsebang tlhaloso ea ntho?+ Bohlale ba motho bo khantša sefahleho sa hae, ’me esita le ho hlokofala ha sefahleho sa hae hoa fetoha hore ho be molemo.+
2 Ke re: “Boloka taelo ea morena,+ ’me u etse seo ka lebaka la kano ea Molimo.+ 3 U se ke ua potlaka, e le hore u ka tloha ka pel’a hae.+ U se ke ua ema nthong e mpe.+ Etsoe o tla etsa sohle seo a thabelang ho se etsa,+ 4 hobane lentsoe la morena ke matla a ho laola;+ ’me ke mang ea ka reng ho eena: ‘U etsa’ng?’”
5 Ea bolokang taelo a ke ke a tseba ntho leha e le efe ea tlokotsi,+ ’me pelo e bohlale e tla tseba nako le kahlolo.+ 6 Etsoe ho na le nako le kahlolo esita le bakeng sa taba e ’ngoe le e ’ngoe,+ hobane tlokotsi ea moloko oa batho e khōlō.+ 7 Etsoe ha ho ea tsebang se tlang ho ba teng,+ hobane ke mang ea ka mo bolellang hore na ha e le hantle se tla ba teng joang?
8 Ha ho na motho ea nang le matla holim ’a moea ho thibela moea;+ kapa hore ho na le matla leha e le afe a ho laola letsatsing la ho shoa;+ kapa hore ho na le ho lokolloa leha e le hofe ntoeng.+ Bokhopo bo ke ke ba pholosa ba inehellang bona.+
9 Sena sohle ke se bone, ’me ke ile ka nehela pelo ea ka mosebetsing o mong le o mong o entsoeng tlas’a letsatsi, nakong eo ka eona motho a busitseng motho ho mo ntša kotsi.+ 10 Empa, le hoja ho le joalo, ke bone ba khopo ba ntse ba patoa,+ kamoo ba keneng kateng le kamoo ba neng ba tloha sebakeng se halalelang+ le ho lebaloa motseng oo ho oona ba ileng ba etsa ka tsela eo.+ Sena le sona ke lefeela.
11 Kahobane kahlolo khahlanong le mosebetsi o mobe ha ea phethisoa ka potlako,+ ke ka lebaka leo lipelo tsa bara ba batho li ikemiselitseng ka botlalo ka ho bona ho etsa bobe.+ 12 Le hoja moetsalibe a ka etsa bobe+ ka makhetlo a lekholo ’me a tsoela pele ka nako e telele kamoo a ratang kateng, empa leha ho le joalo ke boetse kea hlokomela hore lintho li tla tsamaea hantle ho ba tšabang Molimo oa ’nete,+ hobane ba ne ba mo tšaba.+ 13 Empa ho hang lintho li ke ke tsa tsamaea hantle ho ea khopo,+ leha e le hore o tla lelefatsa matsatsi a hae a joaloka moriti,+ hobane ha a tšabe Molimo.+
14 Ho na le lefeela le etsoang lefatšeng, hore ho na le ba lokileng bao ho bona ho etsahalang joalokaha eka ke bakeng sa mosebetsi oa ba khopo,+ ’me ho na le ba khopo bao ho bona ho etsahalang joalokaha eka ke bakeng sa mosebetsi oa ba lokileng.+ Ke ile ka re sena le sona ke lefeela.
15 Ke ile ka babatsa thabo,+ hobane moloko oa batho ha o na letho le molemo tlas’a letsatsi ho feta ho ja le ho noa le ho thaba, le hore o fumane hoo mosebetsing oa oona o thata ka matsatsi a bophelo ba oona,+ boo Molimo oa ’nete a o fileng bona tlas’a letsatsi.+ 16 Tumellanong le sena ke ile ka sebelisa pelo+ ea ka ho tseba bohlale le ho bona mosebetsi o etsoang lefatšeng,+ hobane ho na le ea sa boneng boroko ka mahlo a hae, ebang ke motšehare kapa ke bosiu.+
17 Ke ile ka bona mosebetsi oohle oa Molimo oa ’nete,+ kamoo moloko oa batho o sa khoneng ho fumana mosebetsi o entsoeng tlas’a letsatsi;+ ho sa tsotellehe hore na moloko oa batho o tsoela pele ho sebetsa haholo hakae ho batla, empa leha ho le joalo ha o fumane.+ Hape esita le haeba ba ka re ba bohlale ka ho lekaneng ho tseba,+ ba ne ba ke ke ba khona ho fumana.+
9 Etsoe ke ile ka tebisetsa sena sohle pelong ea ka, esita le ho batlisisa sena sohle,+ hore ba lokileng le ba bohlale le mesebetsi ea bona ba letsohong la Molimo oa ’nete.+ Moloko oa batho ha o hlokomele lerato kapa lehloeo leo kaofela le bileng teng pele ho oona.+ 2 Bohle baa tšoana ho seo bohle ba nang le sona.+ Ho na le qetello+ e le ’ngoe ho ea lokileng+ le ea khopo,+ ea molemo le ea hloekileng le ea sa hloekang, le ea etsang sehlabelo le ea sa etseng sehlabelo. Ea molemo o tšoana le moetsalibe;+ ea hlapanyang o tšoana le mang kapa mang ea ’nileng a tšaba kano e hlapanyelitsoeng.+ 3 Ena ke tlokotsi ho sohle se entsoeng tlas’a letsatsi, hore, kahobane ho na le qetello e le ’ngoe ho bohle,+ lipelo tsa bara ba batho le tsona li tletse bobe;+ ’me ho na le bohlanya+ ka lipelong tsa bona ha ba sa ntse ba phela, le ka mor’a moo—ho ba shoeleng!+
4 Etsoe ho na le tšepo mabapi le mang kapa mang ea kopaneng le bohle ba phelang, hobane ntja e phelang+ e molemo ho feta tau e shoeleng.+ 5 Etsoe ba phelang baa tseba hore ba tla shoa;+ empa ha e le ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho,+ leha e le hore ba sa na le moputso, hobane ho hopoloa ha bona ho lebetsoe.+ 6 Hape, lerato la bona le lehloeo la bona le poulelo ea bona li se li timetse,+ ’me ha ba sa hlola ba e-ba le kabelo nthong leha e le efe e lokelang ho etsoa tlas’a letsatsi ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
7 E-ea, u je lijo tsa hao ka thabo ’me u noe veine ea hao ka pelo e ntle,+ hobane Molimo oa ’nete o se a ntse a khahlisoa ke mesebetsi ea hao.+ 8 Ka nako e ’ngoe le e ’ngoe liaparo tsa hao li ke li be tšoeu,+ ’me oli e se ke ea haella hloohong ea hao.+ 9 Thabela bophelo le mosali eo u mo ratang+ ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hao ba lefeela ao A u fileng ’ona tlas’a letsatsi, matsatsi ’ohle a lefeela la hao, kaha eo ke kabelo ea hao bophelong+ le mosebetsing oa hao o thata oo ka oona o sebetsang ka thata tlas’a letsatsi. 10 Sohle seo letsoho la hao le fumanang hore le ka se etsa, u se etse ka matla a hao,+ etsoe ha ho mosebetsi kapa morero kapa tsebo+ kapa bohlale+ Sheole,+ e leng sebaka seo u eang ho sona.+
11 Ke ile ka boela ka bona tlas’a letsatsi hore ba lebelo ha ba hlōle peisong,+ leha e le hore ba matla baa hlōla ntoeng,+ kapa hore ba bohlale le bona ba na le lijo,+ leha e le hore ba nang le kutloisiso le bona ba na le maruo,+ kapa hore esita le ba nang le tsebo ba fumana kamohelo;+ hobane bohle ba hlaheloa ke nako le ketsahalo e sa lebelloang.+ 12 Etsoe motho+ le eena ha a tsebe nako ea hae.+ Feela joaloka litlhapi tse ntseng li tšoasoa ka letlooa le lebe,+ le joaloka linonyana tse ntseng li tšoasoa ka sefi,+ bara ba batho ba ntse ba tšoasoa joalo nakong ea tlokotsi,+ ha e ba oela holimo ka tšohanyetso.+
13 Hape ke ile ka bona sena mabapi le bohlale tlas’a letsatsi—’me ho ’na se ne se le seholo: 14 Ho ne ho e-na le motse o monyenyane, ’me banna ba leng ho oona e ne e le ba seng bakae; morena e moholo a tla ho oona, ’me a o lika-liketsa le ho haha liqhobosheane tse khōlō khahlanong le oona.+ 15 Eaba ho fumanoa ho oona monna, ea hlokang empa a le bohlale, ’me eo o ile a pholosa motse ka bohlale ba hae.+ Empa ha ho motho ea ileng a hopola monna eo ea hlokang.+ 16 Ke ile ka re: “Bohlale bo molemo ho feta matla;+ empa leha ho le joalo bohlale ba ea hlokang boa nyelisoa, le mantsoe a hae ha a mameloe.”+
17 Mantsoe ao ba bohlale ba a buang ba khutsitse a tla utluoa+ ho feta mohoo oa ea busang har’a batho ba hlokang kelello.+
18 Bohlale bo molemo ho feta lisebelisoa tsa ntoa, ’me moetsalibe a le mong feela a ka senya botle bo bongata.+
10 Lintsintsi tse shoeleng li etsa hore oli ea moetsi oa mafura+ e nkhe hampe, e pute. Booatla bo bonyenyane bo etsa joalo ho motho eo e leng oa bohlokoa ka lebaka la bohlale le khanya.+
2 Pelo ea ea bohlale e ka letsohong la hae le letona,+ empa pelo ea ea hlokang kelello e ka letsohong la hae le letšehali.+ 3 Hape tseleng efe kapa efe eo leoatla le tsamaeang ka eona,+ pelo ea lona ea haelloa, ’me ka sebele le bolella e mong le e mong hore ke leoatla.+
4 Haeba moea oa ’musi o ka phahama khahlanong le uena, u se ke ua tloha sebakeng sa hao,+ etsoe ho khutsa ho fokotsa libe tse khōlō.+
5 Ho na le ho hong ho bakang tlokotsi hoo ke ho boneng tlas’a letsatsi, ho tšoana le ha phoso+ e hlaha ka lebaka la ea pusong:+ 6 Booatla bo behiloe maemong a mangata a phahameng,+ empa barui ba tsoela pele ho lula feela boemong bo tlaase.
7 Ke bone bahlanka ba palame lipere empa likhosana li tsamaea fatše feela joaloka bahlanka.+
8 Ea chekang sekoti o tla oela ka ho sona;+ ’me ea phunyeletsang lerakong la majoe, noha e tla mo loma.+
9 Ea fatang majoe o tla intša kotsi ka ’ona. Ea petsolang mafatsa o tla lokela ho ba hlokolosi ka ’ona.+
10 Haeba sesebelisoa sa tšepe se le nthithi ’me e mong a sa leotsa bohale ba sona,+ joale o tla sebelisa mafolofolo a hae. Kahoo ho sebelisa bohlale ka sepheo sa ho atleha ho bolela molemo.+
11 Haeba noha e loma ha ho sa upelloe,+ joale ha ho na molemo ho ea inehellang leleme.
12 Mantsoe a molomo oa ea bohlale a bolela kamohelo,+ empa molomo oa ea hlokang kelello oa mo metsa.+ 13 Qalo ea mantsoe a molomo oa hae ke booatla,+ ’me qetello ea molomo oa hae hamorao ke bohlanya ba tlokotsi. 14 Leoatla le bua mantsoe a mangata.+
Motho ha a tsebe se tlang ho ba teng; ’me se tlang ho ba teng ka mor’a hae, ke mang ea ka mo bolellang sona?+
15 Mosebetsi o boima oa ba hlokang kelello oa ba tepeletsa,+ hobane ha ho le ea mong ea tsebang mokhoa oa ho ea motseng.+
16 Ho tla ba joang ho uena, naha, ha morena oa hao e le moshanyana+ le likhosana tsa hao li tsoela pele ho ja hoseng? 17 Ho thaba uena, naha, ha morena oa hao e le mora oa ba hlomphehang le likhosana tsa hao li ja ka nako e tšoanetseng bakeng sa matla, eseng bakeng sa ho noa feela.+
18 Ka lebaka la botsoa bo boholo libalaka lia oa, ’me ka lebaka la ho tepella ha matsoho ntlo ea nela.+
19 Bohobe bo teng bakeng sa litšeho tsa basebetsi, ’me veine e thabisa bophelo;+ empa chelete e fana ka karabelo linthong tsohle.+
20 Esita le ka kamoreng ea hao ea ho robala u se ke ua rohaka morena,+ ’me ka likamoreng tsa hao tse ka hare moo u robalang u se ke ua rohaka morui ofe kapa ofe;+ etsoe sebōpuoa se fofang sa maholimo se tla fetisa molumo oo ’me ho hong ho nang le mapheo ho tla bolela taba eo.+
11 Lahlela bohobe+ ba hao holim ’a metsi,+ kaha ka mor’a matsatsi a mangata u tla boela u bo fumane.+ 2 Fana ka karolo ho ba supileng, kapa esita le ho ba robeli,+ etsoe ha u tsebe hore na ho tla etsahala tlokotsi efe lefatšeng.+
3 Haeba maru a tletse metsi, a tšollela pula ea litloebelele holim ’a lefatše;+ ’me haeba sefate se oela ka boroa kapa haeba se oela ka leboea, sefate+ se tla ba sebakeng seo se oelang ho sona.
4 Ea shebellang moea a ke ke a jala peō; ’me ea talimang maru a ke ke a kotula.+
5 Feela joalokaha u sa hlokomele tsela ea moea masapong a ka mpeng ea moimana,+ ka mokhoa o tšoanang ha u tsebe mosebetsi oa Molimo oa ’nete, ea etsang lintho tsohle.+
6 Jala peō ea hao hoseng ’me u se ke ua lumella letsoho la hao hore le phomole ho fihlela ka shoalane;+ etsoe ha u tsebe moo sena se tlang ho ba le katleho,+ ebang ke mona kapa mane, kapa hore na ka bobeli li tla ba molemo ka ho tšoanang.
7 Leseli le boetse le monate, ’me ho hotle hore mahlo a bone letsatsi;+ 8 etsoe haeba motho a ka phela esita le lilemo tse ngata, a ke a thabe ho tsona kaofela.+ A ke a hopole matsatsi a lefifi,+ le hoja a ka ba mangata; letsatsi le leng le le leng le tlileng ke lefeela.+
9 Mohlankana, u thabele+ bocha ba hao, ’me pelo ea hao e u etsetse se molemo matsatsing a bohlankana ba hao, ’me u tsamaee ka litsela tsa pelo ea hao le ka lintho tse bonoang ke mahlo a hao.+ Empa tseba hore Molimo oa ’nete o tla u tlisa kahlolong ka lebaka la tsena tsohle.+ 10 Kahoo tlosa matšoenyeho pelong ea hao, ’me u qobe tlokotsi ’meleng oa hao;+ etsoe bocha le qaleho ea bophelo ke lefeela.+
12 U hopole ’Mōpi oa hao e Moholo,+ hona joale, matsatsing a bohlankana ba hao,+ pele matsatsi a tlokotsi a tla,+ kapa lilemo li fihla ha u tla re: “Ha ke li thabele”;+ 2 pele letsatsi le leseli le khoeli le linaleli li fifala,+ le maru a khutla, ka mor’a moo e e-ba pula ea litloebelele; 3 letsatsing leo ka lona bahlokomeli ba ntlo+ ba thothomelang, le banna ba mafolofolo ba inameng,+ ’me basali ba silang+ ba khaolitseng ho sebetsa kahobane ba fokotsehile, le mafumahali a bonang lifensetereng+ a fumaneng ho le lefifi; 4 le menyako e seterateng e koetsoeng,+ ha molumo oa leloala le silang o kokobela,+ ’me motho a tsoha ha a utloa molumo oa nonyana, le libini tsohle tsa basali li etsa molumo o tlaase.+ 5 Hape, ba tšohile feela se phahameng, ’me ho na le tšabo tseleng. Sefate sa almonde se na le lithunthung,+ ’me lerutle lea ikhulanya, le monokotšoai oa phatloha, hobane motho o ea ntlong ea hae e tšoarellang halelele+ ’me ba bokollang ba tsamaile ho pota seterata;+ 6 pele thapo ea silevera e tlosoa, le sekotlolo sa khauta se silakanngoa,+ ’me nkho e selibeng e thubeha, le lebili la metsi bakeng sa seliba le silakanngoa. 7 Joale lerōle le khutlela mobung+ feela joalokaha le ile la ba teng le moea+ o khutlela ho Molimo oa ’nete+ ea ileng a fana ka oona.+
8 “Lefeela la mafeela!” ho boletse ’mokelli,+ “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe ke lefeela.”+
9 Ntle le taba ea hore ’mokelli o ne a le bohlale,+ o ile a boela a ruta batho tsebo a sa khaotse,+ ’me a nahanisisa le ho hlahlobisisa,+ e le hore a ka hlophisa maele a mangata ka tatellano.+ 10 ’Mokelli o ile a batla ho fumana mantsoe a thabisang+ le ho ngoloa ha mantsoe a nepahetseng a ’nete.+
11 Mantsoe a ba bohlale a joaloka litsenene tsa likhomo,+ ’me ba inehellang ho bokelleng lipolelo ba joaloka lipekere tse khokhothetsoeng;+ ba fanoe ke molisa a le mong.+ 12 Mabapi le ntho leha e le efe ntle ho tsena, mora oa ka, u lemohe: Ho etsoa ha libuka tse ngata ha ho na bofelo, ’me ho inehela haholo ho tsona ho tepelletsa ’mele.+
13 Qetello ea taba, ha ntho e ’ngoe le e ’ngoe e se e utloiloe, ke ena: Tšaba Molimo oa ’nete+ ’me u boloke litaelo tsa hae.+ Etsoe sena ke sohle seo motho a tlamehang ho se etsa. 14 Etsoe Molimo oa ’nete o tla tlisa mosebetsi oa mofuta o mong le o mong kahlolong kamanong le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e patiloeng, ebang e ntle kapa e mpe.+