Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • bi12 Esaia 1:1-66:24
  • Esaia

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Esaia
  • Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
Esaia

Esaia

1 Pono+ ea Esaia+ mora oa Amoze eo a ileng a e bona malebana le Juda le Jerusalema matsatsing a Uzia,+ Jothame,+ Akaze+ le Ezekiase,+ marena a Juda:+

2 Utloang,+ Lōna maholimo, ’me u mamele, Uena lefatše, etsoe Jehova o buile: “Ke hlokometse bara le ho ba hōlisa,+ empa ba mphetohetse.+ 3 Poho e tseba moreki oa eona hantle, le esele e tseba sejelo sa mong’a eona hantle; Baiseraele ha baa tseba,+ sechaba sa ka ha sea itšoara ka kutloisiso.”+

4 Ho malimabe sechaba+ se nang le sebe, batho ba imetsoeng ke phoso, peō+ e etsang bobe, bara ba senyehileng!+ Ba tlohetse Jehova,+ ba hlompholotse+ Mohalaleli oa Iseraele, ba khutletse morao.+ 5 Le sa ntse le tla otloa hokae hape,+ kaha le eketsa bofetoheli?+ Hlooho eohle ea kula, ’me pelo eohle e tepeletse.+ 6 Ho tloha bohatong ba leoto ho ea fihla hloohong ha ho karolo e phelang hantle ho oona.+ Maqeba le matetetso le metopa e mecha—ha lia pepetoa leha e le ho tlamisoa, kapa ho thapisoa ka oli.+ 7 Naha ea lōna ke lesupi,+ metse ea lōna e chesitsoe ka mollo;+ naha ea lōna—e jeoa+ ke basele+ ka pel’a lōna, ’me lesupi le tšoana le ho lihuoa ke basele.+ 8 Morali oa Sione+ o siiloe joaloka lephephe serapeng sa morara, joaloka motlotloane oa ho lebela tšimong ea likomkomere, joaloka motse o thibeletsoeng.+ 9 Hoja Jehova oa mabotho a ne a sa siea baphonyohi+ ba seng bakae feela ho rōna, re ka be re bile feela joaloka Sodoma, re ka be re tšoana le Gomora.+

10 Utloang lentsoe la Jehova,+ lōna bahatelli+ ba Sodoma.+ Mamelang molao oa Molimo oa rōna, lōna batho ba Gomora. 11 “Mahlabelo a lōna a mangata a ntsoela molemo oa eng?” ho bolela Jehova. “Ke khathetse ke linyehelo+ tse feletseng tsa secheso tsa lipheleu+ le mafura a liphoofolo tse fepehileng hantle;+ ha kea khahloa+ ke mali+ a lipohoana le likonyana tse tona le liphooko.+ 12 Ha le ntse le kena ho tla bona sefahleho+ sa ka, ke mang ea batlileng seo matsohong a lōna, hore le hatakele mabala a ka?+ 13 Khaotsang ho tlisa linyehelo tse ling hape tsa lijo-thollo tsa lefeela.+ Libano—li manyala ho ’na.+ Khoeli+ e thoasitseng le sabatha,+ ho bitsoa ha kopano+—nke ke ka mamella tšebeliso ea matla+ a boselamose hammoho le seboka se hlomphehang. 14 Moea oa ka o hloile+ likhoeli tsa lōna tse thoasitseng le linako tsa lōna tsa mokete. Li fetohile moroalo ho ’na;+ ke khathetse ke ho li mamella.+ 15 Ha le otlolla matsoho,+ ke le patela mahlo.+ Esita le hoja le etsa lithapelo+ tse ngata, ha kea mamela;+ matsoho a lōna a tletse tšollo ea mali.+ 16 Itlhatsoeng;+ itlhoekiseng;+ tlosang bobe ba mesebetsi ea lōna ka pel’a mahlo a ka;+ khaotsang ho etsa bobe.+ 17 Ithuteng ho etsa se molemo;+ batlang toka;+ lokisang mohatelli;+ ahlolelang moshanyana ea se nang ntate;+ buellang nyeoe ea mohlolohali.”+

18 “Joale, tloong ’me re lokiseng litaba pakeng tsa rōna,” ho bolela Jehova.+ “Le hoja libe tsa lōna li ka ba joaloka sekareleta, li tla soeufala joaloka lehloa;+ le hoja li ka ba khubelu joaloka lesela la krimsone, li tla tšoana le boea. 19 Haeba le bontša hore lea rata ’me le mamela, le tla ja karolo e ntle ea naha.+ 20 Empa haeba le hana+ ’me le tlala borabele, le tla jeoa ke sabole; etsoe molomo oa Jehova o boletse hoo.”+

21 Motse o tšepahalang+ o fetohile letekatse+ hakaakang! O ne o tletse toka;+ ho loka ho ne ho lula ho oona,+ empa joale ho lula babolai.+ 22 Silevera ea hao e fetohile manya+ a okolehang. Joala ba hao ba koro bo hlapolotsoe ka metsi.+ 23 Likhosana tsa hao li manganga ’me ke balekane ba masholu.+ E ’ngoe le e ’ngoe ea tsona e rata tjotjo+ ’me e lelekisa limpho.+ Ha li ahlolele moshanyana ea se nang ntate; esita le nyeoe ea mohlolohali ha e lumelloe hore e fihle ho tsona.+

24 Ka hona se boleloang ke Morena oa ’nete, Jehova oa mabotho, Ea Matla oa Iseraele,+ ke ho re: “Eke! Ke tla ikimolla bahanyetsi ba ka, ’me ke tla iphetetsa+ ho lira tsa ka.+ 25 Ke tla khutlisa letsoho la ka holim ’a hao, ’me ke tla qhibilihisa manya a hao a okolehang joalokaha eka ke ka lokho, ’me ke tla tlosa lilahloa tsa hao kaofela.+ 26 Ke tla boela ke u khutlisetsa baahloli joaloka pele, le baeletsi ba hao joaloka qalong.+ Ka mor’a sena u tla bitsoa Motse oa ho Loka, Motse o Tšepahalang.+ 27 Sione e tla lopolloa+ ka toka, ’me batho ba eona ba khutlang, ba lopolloe ka ho loka.+ 28 Bafetoheli le ba nang le sebe ba tla oa ka nako e tšoanang,+ ’me ba furallang Jehova ba tla fela.+ 29 Etsoe ba tla hlajoa ke lihlong ka lebaka la lifate tse matla tseo le li lakalitseng,+ ’me le tla soaba ka lebaka la lirapa tseo le li khethileng.+ 30 Etsoe le tla ba joaloka sefate se seholo seo makhasi a sona a ponang,+ le joaloka serapa se se nang metsi. 31 Ka sebele monna ea matla o tla fetoha thapo,+ ’me sehlahisoa sa mosebetsi oa hae e be tlhase; ka bobeli ba tla cha ka nako e tšoanang, ho se ea timang.”+

2 Ntho eo Esaia mora oa Amoze a ileng a e bona mabapi le Juda le Jerusalema:+ 2 Karolong e qetellang ea matsatsi+ thaba ea ntlo+ ea Jehova e tla tiisoa ka thata ka holim ’a litlhōrō tsa lithaba,+ ’me ka sebele e tla phahamela maralla;+ lichaba tsohle li tla phallela ho eona.+ 3 Ka sebele lichaba tse ngata li tla ea ’me li re: “Tloong,+ ’me re nyoloheleng thabeng ea Jehova, ntlong ea Molimo oa Jakobo; o tla re rupela ka litsela tsa hae, ’me re tla tsamaea litseleng tsa hae.”+ Etsoe molao o tla tsoa Sione, ’me lentsoe la Jehova le tsoe Jerusalema.+ 4 Ka sebele o tla ahlola har’a lichaba+ ’me a lokise litaba+ lichabeng tse ngata.+ Ba tla lokela ho tea lisabole tsa bona hore e be mehoma le marumo a bona hore e be likere tse faolang limela.+ Sechaba se ke ke sa phahamisetsa sechaba se seng sabole, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa.+

5 Lōna ba ntlo ea Jakobo, tloong re tsamaeeng leseling la Jehova.+

6 Etsoe u furaletse batho ba hao, ntlo ea Jakobo.+ Kaha ba tletse se tsoang Bochabela,+ ’me ba sebelisa boselamose+ joaloka Bafilista, ’me ba atetsoe ke bana ba basele.+ 7 Naha ea bona e tletse silevera le khauta, ’me matlotlo a bona ha a lekanngoe.+ Naha ea bona e tletse lipere, ’me likoloi tsa bona ha li lekanngoe.+ 8 Naha ea bona e tletse melimo ea lefeela.+ Ba inamela mosebetsi oa matsoho a motho, o entsoeng ke menoana ea hae.+ 9 Motho oa lefatše oa inama, ’me motho oa kokobela, ’me u ke ke ua khona ho ba tšoarela.+

10 Kena ka lefikeng ’me u ipate lerōleng ka lebaka la ho tšabeha ha Jehova, le bophahamo ba hae bo botle haholo.+ 11 Mahlo a ikhohomosang a motho oa lefatše a tla kokobela, ’me bophahamo ba batho bo tla kokobela;+ ke Jehova feela ea tla behoa phahameng letsatsing leo.+ 12 Etsoe ke letsatsi la Jehova oa mabotho.+ Le ho e mong le e mong ea iphahamisang le ea phahameng le e mong le e mong ea phahamisitsoeng kapa ea tlaase;+ 13 le ho likedare tsohle tsa Lebanone+ tse holimo le tse phahameng le ho lifate tsohle tsa litonanahali tsa Bashane;+ 14 le ho lithaba tsohle tse phahameng le ho maralla ’ohle a phahameng;+ 15 le ho tora e ’ngoe le e ’ngoe e phahameng le ho lerako le leng le le leng le etselitsoeng qhobosheane;+ 16 le ho likepe tsohle tsa Tarshishe+ le ho likepe tsohle tse lakatsehang. 17 Boikhohomoso ba motho oa lefatše bo tla kokobela, le ho iphahamisa ha batho ho tla kokobela;+ ke Jehova feela ea tla behoa phahameng letsatsing leo.+

18 Melimo ea lefeela e tla timela ka ho feletseng.+ 19 Batho ba tla kena ka mahaheng a mafika le ka mekoting ea lefatše ka lebaka la ho tšabeha ha Jehova le bophahamo+ ba hae bo botle haholo, ha a phahama hore lefatše le harohe letsoalo.+ 20 Ka letsatsi leo motho oa lefatše o tla lahla melimo ea hae e se nang thuso ea silevera le melimo ea hae ea lefeela ea khauta eo ba neng ba mo etselitse eona hore a inamele litali le bo-’mankhane,+ 21 e le hore a kene ka mekoting ea mafika le mafarung a mafika, ka lebaka la ho tšabeha ha Jehova le bophahamo+ ba hae bo botle haholo, ha a phahama hore lefatše le harohe letsoalo. 22 Molemong oa lōna, tlohelang motho oa lefatše, eo phefumoloho ea hae e leng linkong+ tsa hae, etsoe a ka eloa hloko motheong oa eng?+

3 Etsoe, bonang! Morena+ oa ’nete, Jehova oa mabotho, o tlosa setšehetso le thapo e tšehetsang, setšehetso sohle sa bohobe le setšehetso sohle sa metsi+ Jerusalema+ le Juda, 2 monna ea matla le mohlabani, moahloli le moprofeta,+ senohe le monna ea hōlileng,+ 3 molaoli oa ba mashome a mahlano+ le monna ea hlomphehang haholo le moeletsi le setsebi sa boselamose, le moupelli ea nang le tsebo.+ 4 Ka sebele ke tla etsa hore bashanyana e be likhosana tsa bona, ’me ba tla busoa ke matla a botlatlapi.+ 5 Batho ba tla hatellana, e mong a hatelle oa habo.+ Ba tla hlasela, moshanyana a hlasele monna-moholo,+ le ea khelloang tlaase a hlasele ea hlomphuoang.+ 6 Etsoe e mong le e mong o tla tšoara mor’abo ka tlung ea ntat’ae, a re: “U na le seaparo sa ka holimo. U tšoanela ho ba mohatelli+ oa rōna, ’me letšoele lena le lihiloeng le lokela ho ba tlas’a letsoho la hao.” 7 O tla phahamisa lentsoe letsatsing leo, a re: “Nke ke ka ba motlamisi oa maqeba; ’me ka tlung ea ka ha ho na bohobe kapa seaparo sa ka holimo. Le se ke la mpeha hore ke be mohatelli oa batho.”

8 Etsoe Jerusalema e khopiloe, ’me Juda e oele,+ kahobane maleme a tsona le mesebetsi ea tsona e khahlanong le Jehova,+ ka ho rabela mahlong a khanya ea hae.+ 9 Ponahalo ea lifahleho tsa tsona e paka khahlanong le tsona,+ ’me li bolela+ sebe sa tsona se kang sa Sodoma. Ha lia se pata. Ho malimabe meea ea tsona! Etsoe li ipaketse tlokotsi.+

10 E-reng lintho li tla tsamaea hantle bakeng sa ea lokileng,+ etsoe ba tla ja litholoana tsa mesebetsi ea bona.+ 11 Ho malimabe ea khopo!—Tlokotsi; etsoe o tla tšoaroa ka tsela eo a tšoereng ba bang ka eona!+ 12 Ha e le sechaba sa ka, batho ba se abelang mosebetsi ba sebetsana le sona ka thata, ’me se busoa ke basali.+ Lōna sechaba sa ka, ba le eteletseng pele ba etsa hore le hlahlathele,+ ’me ba ferekantse litsela tsa lōna.+

13 Jehova o eme hore a loane ’me o eme hore a lihe kahlolo holim ’a lichaba.+ 14 Jehova o tla kena kahlolong le ba hōlileng sechabeng sa hae le likhosana tsa sona.+

“Lōna le chesitse serapa sa morara. Se nkiloeng ka tlatlapo ho ea hlorileng se ka matlung a lōna.+ 15 Le bolela’ng ka hore ebe le hatella sechaba sa ka, le ka hore ebe le sila lifahleho tsa ba hlorileng?”+ ho bolela ’Musi Morena, Jehova oa mabotho.

16 Jehova o re: “Ka lebaka la hore barali ba Sione ba ikhohomositse ’me ba tsamaea ba thamotse melala ’me mahlo a bona a talimile ka mokhoa o hohelang, ba tsamaea ka mehato e potlakileng, ’me ba etsa molumo o qititsang ka maoto a bona,+ 17 Jehova le eena o tla etsa hore barali ba Sione ba be le likhoo har’a hlooho,+ ’me Jehova o tla pepesa liphatla tsa bona.+18 Ka letsatsi leo Jehova o tla tlosa botle ba mefitšana le mabanta a roaloang hloohong le mekhabiso+ e bōpehileng joaloka khoeli, 19 masale le lipetja le masira,+ 20 lintho tse roaloang hloohong le liketane tsa maotong le linyepa+ le ‘matlo a moea’ le likhetla+ tse khabisang tse hlahisang molumo, 21 masale a monoana le masale a nko,+ 22 liaparo tse telele tsa ka holimo tsa maemo le liaparo tse kang mese le liaparo tsa ka holimo le lipache, 23 le liipone tsa letsoho+ le liaparo tsa ka tlaase le lituku+ le masira a maholo.+

24 “Bakeng sa oli+ ea balsame ho tla ba le monko oa ho bola; ’me bakeng sa lebanta, ho be le ropo; bakeng sa moriri o lokisitsoeng ka bokhabane, ho be le lefatla;+ bakeng sa seaparo sa boleng bo phahameng, ho itlangoe ka lesela la mokotla;+ bakeng sa botle ho be le letšoao la ho chesoa ka tšepe.+ 25 Banna ba hao ba tla lihuoa ka lerumo, ’me matla a hao a lihuoe ka ntoa.+ 26 Menyako ea eona e tla lokela ho siama+ le ho bontša ho sareloa, ’me ka sebele e tla etsoa lesupi. E tla lula fatše.”+

4 Basali ba supileng ba tla tšoara monna a le mong letsatsing leo,+ ba re: “Re tla ja bohobe ba rōna ’me re apare liaparo tsa rōna tsa ka holimo; re mpe re bitsoe ka lebitso la hao hore ho tlosoe nyeliso ea rōna.”+

2 Letsatsing leo seo Jehova a se melisang+ se tla sebelisetsoa mokhabiso le khanya,+ ’me litholoana tsa naha e tla ba seo ho ithorisoang ka sona+ le se setle bakeng sa ba phonyohileng ba Iseraele.+ 3 Ba setseng Sione le ba siiloeng Jerusalema ho tla boleloa hore baa halalela ho eena,+ e mong le e mong ea ngotsoeng fatše bakeng sa bophelo Jerusalema.+

4 Ha Jehova a se a hlatsoitse mantle a barali ba Sione+ ’me a tlositse+ le tšollo ea mali+ ea Jerusalema ka hare ho eona ka moea oa kahlolo le moea oa ho chesa,+ 5 ka sebele Jehova o tla boela a etse leru motšehare le mosi, le khanya ea mollo+ o tukang bosiu;+ sebakeng se seng le se seng se tiisitsoeng sa Thaba ea Sione+ le sebakeng sa eona seo ho kopaneloang ho sona kahobane ho tla ba le tšireletso khanyeng eohle.+ 6 Ho tla ba le lephephe bakeng sa moriti motšehare mochesong+ o bataolang, le bakeng sa setšabelo le sebaka sa ho ipatela sekhohola le pula.+

5 Ka kōpo, a nke ke binele moratuoa oa ka pina ea moratuoa oa ka mabapi le serapa+ sa hae sa morara. Moratuoa oa ka o ne a e-na le serapa sa morara letsoapong le behang. 2 A se lema ’me a tlosa majoe ho sona a hloma sefate se setle ka ho fetisisa sa morara o mofubelu ho sona, a haha tora har’a sona.+ A cheka sehatelo sa veine ho sona.+ A ’na a lebella hore se tla hlahisa morara,+ empa qetellong sa hlahisa morara oa naha.+

3 “Joale, Lōna baahi ba Jerusalema le lōna banna ba Juda, ka kōpo ahlolang pakeng tsa ka le serapa+ sa ka sa morara. 4 Ho sa ntse ho e-na le eng e ka etsoang serapeng sa ka sa morara eo ke sa e etsang ho sona?+ Ke hobane’ng ha ke ne ke lebeletse hore se hlahise morara, empa qetellong se hlahisitse morara oa naha? 5 Joale, ka kōpo, a nke ke le tsebise seo ke tla se etsa ka serapa sa ka sa morara: Lekhoakhoa la sona le tla tlosoa,+ ’me se reretsoe ho chesoa.+ Lerako la sona la majoe le tla heletsoa, ’me se reretsoe ho ba sebaka sa ho hatakeloa.+ 6 Ke tla se beha hore e be ntho e sentsoeng.+ Se ke ke sa faoloa, kapa sa hlaoloa.+ Se tla mela lihlahla tse meutloa le litlama-tlama;+ ’me ke tla laela maru hore a se ke a se nesetsa pula.+ 7 Etsoe serapa+ sa morara sa Jehova oa mabotho ke ntlo ea Iseraele, ’me batho ba Juda ke sebaka se lenngoeng seo a neng a se rata.+ O ile a ’na a lebella kahlolo,+ empa, bonang! tlōlo ea molao; a lebella ho loka, empa, bonang! mohoo.”+

8 Ho malimabe ba kopanyang matlo,+ le ba eketsang masimo ho fihlela ho se ho se na sebaka+ se eketsehileng ’me le lulisitsoe le le bang har’a naha! 9 Moo ke ntseng ke utloa Jehova oa mabotho [o hlapantse hore] matlo a mangata, le hoja a le maholo a bile a le matle, a tla makalloa, a hloke moahi.+ 10 Etsoe esita le liakere+ tse leshome tsa serapa sa morara li tla hlahisa tekanyo+ e le ’ngoe feela ea bate, esita le tekanyo ea homere ea peō e tla hlahisa tekanyo ea efa feela.+

11 Ho malimabe ba tsohang hoseng haholo e le hore feela ba batle joala+ bo tahang, ba liehang ho fihlela ka shoalane hoo veine e ba tahang!+ 12 Ho tla ba le harepa le seletsa se likhoele, moropa o monyenyane le lekolilo, le veine meketeng+ ea bona; empa ha ba talime mosebetsi oa Jehova, ’me ha baa bona mosebetsi oa matsoho a hae.+

13 Ka hona sechaba sa ka se tla lokela ho ea kholehong ka lebaka la ho haelloa ke tsebo;+ khanya ea sona e tla ba banna ba lapileng,+ ’me bongata ba sona bo omelle ke lenyora.+ 14 Ka hona Sheole e entse hore moea oa eona o be moholo ’me e ahlamisitse molomo ho tlōla meeli;+ ’me ka sebele se setle haholo ho eona, le bongata ba eona le moferefere oa eona le ea thabileng ho eona, ba tla theohela ho eona.+ 15 Motho oa lefatše o tla inama, ’me motho o tla kokobela, esita le mahlo a ba phahameng a tla kokobela.+ 16 Jehova oa makhotla o tla phahama ka kahlolo,+ ’me Molimo oa ’nete, Mohalaleli,+ ka sebele o tla ikhalaletsa ka ho loka.+ 17 Likonyana tse tona li tla fula joalokaha eka ke lekhulong la tsona; ’me bajaki ba tla ja masupi a liphoofolo tse fepehileng hantle.+

18 Ho malimabe ba hulang phoso ka liropo tsa leshano, le sebe joalokaha eka ke ka lithapo tsa koloi;+ 19 ba reng: “Mosebetsi oa hae o ke o potlake; o ke o tle kapele, e le hore re ka o bona; morero oa Mohalaleli oa Iseraele o ke o atamele ’me o tle, e le hore re ka o tseba!”+

20 Ho malimabe ba reng botle ke bobe le bobe ke botle,+ ba behang lefifi sebakeng sa khanya le khanya sebakeng sa lefifi, ba behang ho baba sebakeng sa monate le monate sebakeng sa ho baba!+

21 Ho malimabe ba iponang bohlale le ba inkang ba le masene!+

22 Ho malimabe ba matla ho noeng veine, le batho ba mafolofolo bakeng sa ho tsoaka joala bo tahang,+ 23 ba phatlalatsang hore ea khopo o lokile ka lebaka la tjotjo,+ le ba tlosang ho loka ha ea lokileng!+

24 Ka hona feela joalokaha mollo o chesa litlhaka+ ’me joang bo omileng bo chesoa ke lelakabe, motso oa bona o tla ba joaloka monko oa ho bola,+ le thunthung ea bona e nyolohe joaloka phofo, hobane ba lahlile molao oa Jehova oa mabotho,+ ’me ba hlompholotse+ polelo ea Mohalaleli oa Iseraele. 25 Ke ka lebaka leo bohale ba Jehova bo tuketseng sechaba sa hae, ’me o tla otlolla letsoho la hae khahlanong le sona a se bolaee.+ Lithaba li tla tsukutleha,+ ’me litopo tsa sona li tla tšoana le lithōle literateng.+

Ka lebaka la sena sohle bohale ba hae ha boa khutla, empa letsoho la hae le sa ntse le otlolohile. 26 O hlahiselitse sechaba se seholo se hōle haholo pontšo,+ ’me o se letselitse mololi pheletsong ea lefatše;+ bonang! se tla tla ka potlako.+ 27 Ha ho na ea khathetseng kapa ea khoptjoang har’a sona. Ha ho na ea otselang ’me ha ho na ea robalang. Ka sebele mabanta a mathekeng a sona a ke ke a tlamolloa, leha e le hore maqhoele a meqathatso ea sona a tla khaoloa likoto tse peli; 28 hobane metsu ea sona e leolitsoe ’me liqha tsohle tsa sona li kobiloe.+ Likhōla tsa lipere tsa sona li tla lokela ho nkoa e le lejoe le thata,+ ’me mabili a sona a nkoe e le moea oa sefefo.+ 29 Ho puruma ha sona ho tšoana le ha tau, ’me se puruma joaloka litaoana tse moetse.+ Se tla rora se tšoare phofu ’me se tsamaee ka eona e sireletsehile, ’me ho ke ke ha e-ba le molopolli.+ 30 Letsatsing leo se tla e rorela joaloka ho luma ha leoatle.+ Motho o tla talima naheng, ’me bonang! ho na le lefifi le bakang mahlomola;+ esita le khanya e fifetse ka lebaka la marotholi a oelang holim ’a eona.

6 Leha ho le joalo, selemong seo Morena Uzia a shoeleng ka sona,+ ka bona Jehova,+ a lutse teroneng+ e holimo le e phahameng, ’me seaparo sa hae se ne se tletse tempele.+ 2 Lirafime li ne li eme ka holimo ho eena.+ Se seng le se seng se ne se e-na le mapheo a tšeletseng. Ka a mabeli se ne se ikoahela sefahleho,+ ka a mabeli se ikoahela maoto, ’me ka a mabeli se fofa. 3 Li ne li hoeletsana li re: “Oa halalela, oa halalela, oa halalela Jehova oa mabotho.+ Lefatše lohle le tletse khanya ea hae.” 4 Liase+ tsa menyako tsa qala ho thothomela ka lebaka la lentsoe la se hooang, ’me butle-butle ntlo ea tlala mosi.+

5 Ka re: “Ho malimabe ’na! Kaha ho tšoana leha ke khutsisitsoe, kahobane ke motho ea molomo o sa hloekang,+ ’me ke lula har’a batho ba melomo e sa hloekang;+ etsoe mahlo a ka a bone Morena, Jehova oa mabotho!”+

6 Eaba se seng sa lirafime se fofela ho ’na, ’me ho ne ho e-na le leshala+ le hlenneng letsohong la sona leo se neng se le nkile ka matlao aletareng.+ 7 Sa ama molomo+ oa ka ’me sa re: “Bona! Le amile molomo oa hao, ’me phoso ea hao e tlohile le sebe sa hao se koahetsoe.”+

8 Ka qala ho utloa lentsoe la Jehova le re: “Ke tla roma mang, ’me ke mang ea tla ea bakeng sa rōna?”+ Eaba ke re: “Ke ’na enoa! Roma ’na.”+ 9 Eaba o tsoela pele ho re: “E-ea, ’me u re ho batho bana, ‘Utloang ka ho pheta-pheta, empa le se ke la utloisisa; bonang ka ho pheta-pheta, empa le se ke la ba le tsebo leha e le efe.’+ 10 Etsa hore lipelo tsa batho bana e be tse sa amoheleng letho,+ ’me u etse hore litsebe tsa bona li se ke tsa arabela,+ u koale mahlo a bona, e le hore ba se ke ba bona ka mahlo a bona le hore ba se ke ba utloa ka litsebe tsa bona, le hore lipelo tsa bona li se ke tsa utloisisa le hore ba se ke ba khutla eaba ba iphumanela pholiso.”+

11 Eaba ke re: “E tla ba halelele hakae, Jehova?”+ Joale a re: “Ho fihlela metse e heleha hore e be lithako, e hloka baahi, le matlo a hloka motho oa lefatše, le naha e senngoa hore e be lesupi;+ 12 le Jehova a suthisetsa batho ba lefatše hōle, ’me boemo ba ho tlohelloa bo pharalla haholo naheng.+ 13 Ho tla ’ne ho be le karolo ea leshome ho eona,+ ’me e tla boela e fetoha ntho e tla chesoa, joaloka sefate se seholo le sefate sa setonanahali seo, ha se rengoa,+ ho bang le kutu;+ peō e halalelang e tla ba kutu ea eona.”+

7 Joale matsatsing a Akaze+ mora oa Jothame mora oa Uzia, morena oa Juda, Rezine+ morena oa Syria le Peka+ mora oa Remalia, morena oa Iseraele, ba futuhela Jerusalema bakeng sa ho e loantša, ’me ha aa ka a khona ho e loantša.+ 2 Ha tlaleheloa ba ntlo ea Davida, ha thoe: “Syria e itšetlehile ka Efraime.”+

Pelo ea hae le lipelo tsa batho ba hae tsa qala ho thothomela, joaloka lifate tsa moru ha li tsukutloa ke moea.+

3 Jehova a re ho Esaia: “Ka kōpo, tloha u khahlanyetse Akaze, uena le mora oa hao Sheare-jashube,+ qetellong ea kotopo+ letamong le ka holimo pel’a tsela e khōlō ea tšimo ea mohlatsoi.+ 4 U tla re ho eena, ‘Itebele ’me u se ke ua khathatseha.+ U se ke ua tšoha, ’me u se ke ua lumella hore pelo ea hao e tšosoe+ ke lintlha tse peli tsa mafatsa ana a kubellang, ka lebaka la bohale bo tukang ba Rezine le Syria le mora oa Remalia,+ 5 ka lebaka la hore Syria le Efraime le mora oa Remalia ba u reretse bobe, ba itse: 6 “A re futuheleng Juda re e qhaqhe ’me re ikhapele eona ka litlhaselo tse phunyeletsang; ’me re etse hore morena e mong a buse ka har’a eona, mora oa Tabiele.”+

7 “‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Seo se ke ke sa ema se tiile, leha e le hore se tla etsahala.+ 8 Etsoe hlooho ea Syria ke Damaseka, ’me hlooho ea Damaseka ke Rezine; ’me pele ho fela lilemo tse mashome a tšeletseng a metso e mehlano Efraime e tla robakanngoa hore e se ke ea hlola e e-ba sechaba.+ 9 Hlooho ea Efraime ke Samaria,+ ’me hlooho ea Samaria ke mora oa Remalia.+ Ntle le hore le be le tumelo, le ke ke la hlola halelele.”’”+

10 Jehova a tsoela pele ho bua hape le Akaze, a re: 11 “Ikōpele pontšo ho Jehova Molimo oa hao,+ u etse hore e be e tebileng joaloka Sheole kapa u e phahamise joaloka libaka tse holimo.” 12 Empa Akaze a re: “Nke ke ka e kōpa, kapa ka leka Jehova.”

13 Eaba o re: “Ka kōpo, mamelang Lōna ba ntlo ea Davida. Na ke ntho e nyenyane ho lōna hore le khathatse batho, hoo le ka boelang la khathatsa Molimo oa ka?+ 14 Ka hona Jehova o tla le fa pontšo: Bonang! Ruri moroetsana+ o tla ima,+ ’me o tla tsoala mora,+ ’me ka sebele o tla mo reha lebitso la Emanuele. 15 O tla be a se a ntse a ja sereleli le mahe a linotši ka nako ea ha a khona ho lahla se sebe le ho khetha se molemo.+ 16 Etsoe pele moshanyana eo a khona ho lahla se sebe le ho khetha se molemo,+ naha ea marena a mabeli ao le ikutloang le e-na le tšabo e kulisang ka lebaka la ’ona e tla tloheloa ka ho feletseng.+ 17 Jehova o tla tlisa khahlanong le uena+ le khahlanong le batho ba heno le khahlanong le ba ntlo ea ntat’ao matsatsi ao a kang ’ona a e-s’o ka a e-ba teng ho tloha matsatsing a ha Efraime a tlohela Juda,+ e leng morena oa Assyria.+

18 “Ka letsatsi leo Jehova o tla letsa mololi ho bitsa lintsintsi tse pheletsong ea melatsoana ea Nile ea Egepeta le linotši+ tse naheng ea Assyria,+ 19 ’me ka sebele li tla tla ’me li lule, kaofela ha tsona, holim ’a liphula tsa melapo e phoroselang e selomong le holim ’a mafaru a mafika le holim ’a mefero eohle ea meutloa le holim ’a libaka tsohle tsa ho nosetsa.+

20 “Letsatsing leo, ka lehare le hiriloeng sebakeng sa Nōka,+ le ka morena oa Assyria,+ Jehova o tla beola hlooho le mohoete oa maoto, ’me le tla tlosa le litelu.+

21 “Letsatsing leo motho o tla boloka khomo e nyenyane mohlapeng e phela le linku tse peli.+ 22 Ka lebaka la bongata ba lebese le hlahisoang, o tla ja sereleli; hobane e mong le e mong ea setseng ka har’a naha o tla ja sereleli le mahe a linotši.+

23 “Letsatsing leo sebakeng se seng le se seng moo ho neng ho e-na le lifate tse sekete tsa morara, tse rekoang ka likotoana tse sekete tsa silevera,+ ho tla ba le lihlahla tse meutloa le litlama-tlama.+ 24 O tla tla moo ka metsu le seqha,+ hobane naha eohle e tla fetoha lihlahla tse meutloa le litlama-tlama. 25 Lithaba tsohle tseo ho tsona ho neng ho tlosoa limela tse khathatsang ka mohoma—u ke ke ua tla ho tsona ka lebaka la ho tšaba lihlahla tse meutloa le litlama-tlama; ka sebele e tla ba sebaka sa ho lokolla lipoho le sebaka se hatakeloang ke linku.”+

8 Jehova a re ho ’na: “Inkele letlapa+ le leholo ’me u ngole ‘Mahere-shalale-hashe-baze’ holim ’a lona ka pene ea motho ea shoang. 2 A nke ke be le bopaki+ ba lipaki+ tse tšepahalang, moprista+ Uria le Zakaria mora oa Jeberekia.”

3 Joale ka atamela moprofeta oa mosali, a ima ’me ka mor’a nako a tsoala mora.+ Joale Jehova a re ho ’na: “Mo rehe lebitso la Mahere-shalale-hashe-baze, 4 etsoe pele moshanyana eo a tseba ho re,+ ‘Ntate!’ le ‘’Mè!’ e mong o tla isa maruo a Damaseka le thepa e hapuoeng Samaria ka pel’a morena oa Assyria.”+

5 Jehova a boela a bua le ’na, a re: 6 “Ka lebaka la hore batho bana ba hanne+ metsi a Siloe+ a phallang butle, ’me ho na le thabo+ e khaphatsehang bakeng sa Rezine le mora oa Remalia;+ 7 ka hona, bonang! Jehova o tlisa khahlanong le bona+ metsi a matla le a mangata a Nōka,+ morena oa Assyria+ le khanya eohle ea hae.+ Ka sebele o tla nyolohela likotopong tsohle tsa hae le holim ’a mabōpo ’ohle a hae 8 ’me a fetele pele Juda. O tla phalla ’me a fete.+ O tla fihla molaleng.+ Mapheo+ a hae a phukalalitsoeng a tla tlala bophara ba naha ea hao, Uena Emanuele!”+

9 E-bang kotsi, Lōna lichaba, ’me le robakanngoe; mamelang, lōna bohle ba likarolong tse hōle tsa lefatše!+ Itlameng,+ ’me le robakanngoe!+ Itlameng, ’me le robakanngoe! 10 Etsang morero, ’me o tla senngoa!+ Buang lentsoe leha e le lefe, ’me le ke ke la ema, etsoe Molimo o na le rōna!+ 11 Etsoe sena ke seo Jehova a mpoleletseng sona ka letsoho le matla, e le hore a ka nkhelosa hore ke se ke ka tsamaea tseleng ea batho bana, a re: 12 “Le se ke la re, ‘Morero oa bolotsana!’ mabapi le sohle seo batho bana ba se buang, le se ke la tšaba ‘Morero oa bolotsana!’+ ’me ntho eo ba e tšabang le se ke la e tšaba, kapa la thothometsoa ke eona.+ 13 Jehova oa mabotho—ke Eena eo le lokelang ho mo nka e le ea halalelang,+ ’me ke eena eo le lokelang ho mo tšaba,+ ke eena Ea lokelang ho etsa hore le thothomele.”+

14 O tla ba joaloka sebaka+ se halalelang; empa ho matlo a Iseraele ka bobeli o tla ba joaloka lejoe le khopang le joaloka lefika le khopang,+ ho baahi ba Jerusalema a be joaloka sefi le joaloka leraba.+ 15 Ka sebele ba bangata ho bona ba tla khoptjoa ’me ba oe ’me ba robehe, ’me ba oele lerabeng ba tšoasoe.+

16 Phuthelang bopaki,+ behang tiiso molaong har’a barutuoa ba ka!+ 17 Ke tla lebella Jehova,+ ea patelang ba ntlo ea Jakobo sefahleho sa hae,+ ’me ke tla mo tšepa.+

18 Bonang! ’Na le bana bao Jehova a mphileng bona+ re joaloka lipontšo+ le joaloka mehlolo Iseraele e tsoang ho Jehova oa mabotho, ea lulang Thabeng ea Sione.+

19 Haeba ba ka re ho lōna: “Botsang ba buisanang+ le meea kapa ba nang le moea oa ho bolela lintho esale pele ba llang+ joaloka nonyana ba buang ka mantsoe a tlaase,” na batho leha e le bafe ha baa lokela ho botsa Molimo oa bona?+ [Na ho tla botsoa] batho ba shoeleng molemong oa batho ba phelang?+ 20 Molaong le bopaking!+

Ka sebele ba tla ’ne ba bue se malebana le polelo+ ena se ke keng sa e-ba le khanya ea mafube.+ 21 Ka sebele e mong le e mong o tla feta naheng a le tsietsing ’me a lapile;+ kahobane a lapile ’me a ikentse hore a ikutloe a halefile, o tla rohaka morena oa hae le Molimo+ oa hae ’me ka sebele a talime holimo. 22 O tla talima lefatšeng, ’me, bonang! mahlomola le lefifi,+ ho fifala, linako tse thata le botšo bo se nang khanya.+

9 Leha ho le joalo, ho fifala ho ke ke ha tšoana le ha naha e ne e le khatellong, joaloka pele ha motho a ne a eisa naha ea Zabulone le naha ea Nefthali+ le ha a ne a etsa hore e hlomphuoe hamorao+—tseleng e leoatleng, sebakeng sa Jordane, Galilea ea lichaba.+ 2 Batho ba neng ba tsamaea lefifing ba bone leseli le leholo.+ Ha e le ba lulang naheng ea moriti+ o lefifi, ba chabetsoe ke leseli.+ 3 U entse hore sechaba se be le baahi ba bangata;+ u entse hore se thabe haholo.+ Ba thabile ka pel’a hao joalokaha ho thajoa nakong ea kotulo,+ joaloka ba thabileng ha ba arola thepa e hapuoeng.+

4 Etsoe joko ea mojaro+ oa bona le molamu o mahetleng a bona, lere la ea ba qobellang ho sebetsa,+ u li robile likoto joaloka letsatsing la Midiane.+ 5 Etsoe khohlopo e ’ngoe le e ’ngoe ea ea hatakelang+ ka mokhoa o thothometsang le seaparo sa ka holimo se pitikisitsoeng maling li chesitsoe joaloka lijo tsa mollo.+ 6 Etsoe re tsoaletsoe ngoana,+ re filoe mora;+ ’me puso ea bohosana e tla ba lehetleng la hae.+ O tla rehoa lebitso la Moeletsi ea Hlollang,+ Molimo ea Matla,+ Ntate oa ka ho sa Feleng,+ Khosana ea Khotso.+ 7 Ho ke ke ha e-ba le bofelo+ bongateng ba puso ea bohosana+ le khotso, teroneng ea Davida+ le ’musong oa hae e le ho o tiisa ka thata+ le ho o tšehetsa ka toka+ le ka ho loka,+ ho tloha joale ho isa nakong e sa lekanyetsoang. Cheseho ea Jehova oa mabotho e tla etsa sena.+

8 Jehova o ile a romela lentsoe khahlanong le Jakobo, ’me la oela ho Iseraele.+ 9 Ka sebele batho ba tla le tseba,+ kaofela ha bona, Efraime le moahi oa Samaria,+ ka lebaka la boikhohomoso ba bona le ka lebaka la lipelo tsa bona tse nyelisang ka ho re:+ 10 “Litene li oele, empa re tla haha ka majoe a betliloeng.+ Lifate tsa sikamora+ li remiloe, empa re tla beha likedare sebakeng sa tsona.” 11 Jehova o tla beha bahanyetsi ba Rezine phahameng khahlanong le eena, ’me o tla khanna lira tsa hae,+ 12 Syria ka bochabela+ le Bafilista ka morao,+ ’me ba tla ja Iseraele ka melomo e ahlameng.+ Ka lebaka la sena sohle bohale ba hae ha boa khutla, empa letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.+

13 Batho ha baa khutlela ho Ea ba otlang,+ ’me ha baa batla Jehova oa mabotho.+ 14 Jehova o tla khaola hlooho+ le mohatla+ Iseraele, letlōbō le loli, ka letsatsi le le leng.+ 15 Ea hōlileng le ea hlomphehang haholo ke hlooho,+ ’me moprofeta ea fanang ka thupelo ea bohata ke mohatla.+ 16 Ba tsamaisang batho bana ke bona ba etsang hore ba hlahlathele;+ ’me ba tsamaisoang, ke bona ba ntseng ba ferekanngoa.+ 17 Ke ka lebaka leo Jehova a ke keng a thabela bahlankana ba bona,+ ’me a ke ke a hauhela bashanyana ba bona ba se nang bo-ntate le bahlolohali ba bona; hobane kaofela ha bona ke bakoenehi+ le baetsi ba bobe ’me molomo o mong le o mong o bua ka ho se be le kelello. Ka lebaka la sena sohle bohale ba hae ha boa khutla, empa letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.+

18 Etsoe bokhopo bo tuka joaloka mollo;+ bo tla qeta lihlahla tse meutloa le litlama-tlama.+ Bo tla tuka moferong oa moru,+ ’me o tla nyoloha joaloka topallo ea mosi.+ 19 Naha e chesitsoe khalefong ea Jehova oa mabotho, ’me batho ba tla ba joaloka lijo tsa mollo.+ Ha ho ea tla hauhela esita le mor’abo.+ 20 Motho o tla seha ka ho le letona ’me ka sebele a lape; motho o tla ja ka ho le letšehali, ’me ka sebele ba ke ke ba khora.+ E mong le e mong o tla ja nama ea letsoho la hae,+ 21 Manase a je Efraime, le Efraime a je Manase. Ba tla loantša Juda ba le hammoho.+ Ka lebaka la sena sohle bohale ba hae ha boa khutla, empa letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.+

10 Ho malimabe ba etsang melao+ e kotsi ea tsamaiso le ba ngolang kamehla, ’me ba ngotse khathatso feela, 2 e le hore ba sutumelletse ba tlaase hōle nyeoeng le ho amoha ba hlorileng ba sechaba sa ka toka,+ hore bahlolohali e be thepa ea bona e hapuoeng, le hore ba tlatlape esita le bashanyana ba se nang bo-ntate!+ 3 Le tla etsa’ng letsatsing leo le eloang+ hloko ka lona le la tšenyeho, ha e tsoa hōle?+ Le tla balehela ho mang bakeng sa thuso,+ ’me le tla siea khanya ea lōna hokae,+ 4 haese hore motho o tla inama tlas’a batšoaruoa le hore batho ba ’ne ba oele tlas’a ba bolailoeng?+ Ka lebaka la sena sohle bohale bohle ba hae ha boa khutla, empa letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.+

5 “Eke! Moassyria,+ molamu oa bohale ba ka,+ le thupa e matsohong a bona bakeng sa nyatso ea ka! 6 Ke tla mo romela khahlanong le sechaba sa bokoenehi,+ ’me ke tla mo fa taelo khahlanong le batho bao ke ba halefetseng,+ hore a nke thepa e ngata e hapuoeng le hore a nke se tlatlapuoeng ’me a se etse sebaka sa ho hatakeloa joaloka letsopa literateng.+ 7 Le hoja e ka ’na eaba ha a joalo, o tla ikutloa a batla; le hoja e ka ’na eaba pelo ea hae ha e joalo, o tla rera, kahobane ho felisa ho ka pelong ea hae,+ le ho felisa lichaba eseng ba seng bakae.+ 8 Etsoe o tla re, ‘Na likhosana tsa ka hase marena ka nako e tšoanang?+ 9 Na Kalno+ ha e tšoane le Karkemishe?+ Na Hamathe+ ha e tšoane le Arpade?+ Na Samaria+ ha e tšoane le Damaseka?+ 10 Neng kapa neng ha letsoho la ka le fihletse mebuso ea molimo oa lefeela eo litšoantšo tsa hae tse betliloeng li fetang tse Jerusalema le Samaria,+ 11 na ho ke ke ha etsahala hore feela joalokaha ke entse ho Samaria le ho melimo ea eona ea lefeela,+ ke etse le ho Jerusalema le ho melimo ea eona ea litšoantšo tse rapeloang?’+

12 “Etlare ha Jehova a felisa mosebetsi oohle oa hae Thabeng ea Sione le Jerusalema, ke tla ahlola litaba bakeng sa litholoana tsa nyeliso ea pelo ea morena oa Assyria le boikhantšo ba ho iphahamisa ha mahlo a hae.+ 13 Etsoe o itse, ‘Ka sebele ke tla nka bohato ka matla a letsoho la ka,+ le ka bohlale ba ka, etsoe ke na le kutloisiso; ke tla tlosa meeli ea lichaba,+ ’me lintho tsa tsona tse bolokiloeng ke tla li nka ka mahahapa,+ ’me ke tla liha baahi joaloka ea matla.+ 14 Joalokaha eka ke sehlaha, letsoho la ka+ le tla fihlela maruo+ a lichaba; joalokaha motho a bokella mahe a tlohetsoeng, ke tla bokella lefatše lohle, ’me ka sebele ho ke ke ha e-ba le ea phuphutsang mapheo kapa ea ahlamisang molomo kapa ea llang joaloka nonyana.’”

15 Na selepe se tla iphahamisetsa ea rathang ka sona, kapa sakha e ikhōlisetse ea e isang pele le morao, joalokaha eka lere ke lona le isang ba le phahamisetsang holimo pele le morao, joalokaha eka molamu o phahamiselitse eo e seng lehong holimo?+ 16 Ka hona Morena oa ’nete, Jehova oa mabotho, o tla ’ne a romele ho ba hae ba nonneng lefu le senyang,+ ’me tlas’a khanya ea hae ho tuka ho tla ’ne ho tuke joaloka ho tuka ha mollo.+ 17 Khanya+ ea Iseraele e tla fetoha mollo,+ ’me Mohalaleli oa eona e be lelakabe;+ o tla tuka o chese litlama-tlama tsa eona le lihlahla tsa eona tse meutloa+ ka letsatsi le le leng. 18 O tla felisa+ khanya ea moru oa eona le ea serapa sa eona sa lifate tsa litholoana, ho tloha moeeng ho ea fihla nameng, ’me e tla tšoana le ho fokola ha ea kulang.+ 19 Lifate tse ling kaofela tsa moru oa eona—palo ea tsona e tla ba eo moshanyana feela a tla khona ho e ngola fatše.+

20 Ka sebele letsatsing leo ba setseng ba Iseraele+ le ba phonyohileng ba ntlo ea Jakobo ha ba sa tla hlola ba itšetleha ka ea ba otlang,+ ’me ka sebele ba tla itšetleha ka Jehova, Mohalaleli oa Iseraele,+ ka ’nete.+ 21 Ho tla khutla masala feela, masala a Jakobo, a khutlele ho Molimo ea Matla.+ 22 Etsoe le hoja batho ba hao, Uena Iseraele, ba ka ba joaloka lehlabathe la leoatle,+ ho tla khutla masala feela har’a bona.+ Pheliso+ e etselitsoeng qeto e tla phalla ka ho loka,+ 23 kahobane ’Musi Morena, Jehova oa mabotho, o tla phethisa pheliso+ le qeto e tiileng naheng eohle.+

24 Ka hona sena ke seo ’Musi+ Morena, Jehova oa mabotho, a se boletseng: “Le se ke la tšoha, Lōna sechaba sa ka se lulang Sione,+ ka lebaka la Moassyria, ea neng a le+ shapa ka thupa le ea neng a le phahamisetsa lere la hae ka tsela eo Egepeta e entseng ka eona.+ 25 Etsoe ka mor’a nakoana e seng kae—nyatso+ e tla be e felile, le bohale ba ka, ha ba fela.+ 26 Ka sebele Jehova oa mabotho o tla mo tsokela sephali+ joaloka nakong ea ha Midiane e hlōloa ke lefika Orebe;+ lere la hae le tla ba leoatleng,+ ’me ka sebele o tla le phahamisa ka tsela eo a ileng a etsa ka eona ho Egepeta.+

27 “Letsatsing leo mojaro oa hae o tla tloha lehetleng la hao,+ le joko ea hae e tlohe molaleng oa hao,+ ’me ka sebele joko e tla senyeha+ ka lebaka la oli.”

28 O futuhetse Ajathe;+ o fetetse pele Migrone; o beha lintho tsa hae Mikmashe.+ 29 Ba fetile lelibohong, Geba+ ke sebaka seo ba tla hlola bosiu ho sona, Rama+ e thothometse, Gibea+ ea Saule e balehile. 30 Ntša lentsoe la hao ka mohoo oa litlatse, Uena morali oa Galime.+ Ela hloko, Uena Laisha. Uena ea hlorileng, Anathothe!+ 31 Madmena e balehile. Baahi ba Gebime ba ile moo ho sireletsehileng. 32 E sa ntse e le motšehare bakeng sa hore a emise Nobe.+ O tsoka letsoho ka ho soka thabeng ea morali oa Sione, leralla la Jerusalema.+

33 Bonang! Morena oa ’nete, Jehova oa mabotho, o khethula makala ka molumo oa lerata le tšabehang;+ ’me a malelele aa rengoa, le a phahameng aa kokobela.+ 34 O khethutse makala a moru ka sesebelisoa sa tšepe, ’me Lebanone e tla lihuoa ke ea matla.+

11 Ho tla hlaha lekala+ kutung ea Jese;+ ’me lehlōmela+ le tla ata metsong ea hae.+ 2 Moea oa Jehova o tla lula holim ’a hae,+ moea oa bohlale+ le oa kutloisiso,+ moea oa keletso le oa matla,+ moea oa tsebo+ le oa ho tšaba Jehova;+ 3 ’me o tla thabela ho tšaba Jehova.+

A ke ke a ahlola ka se bonahalang mahlong a hae, kapa a khalemela feela ho ea ka ntho e utloiloeng ke litsebe tsa hae.+ 4 O tla ahlola ba tlaase ka ho loka,+ ’me o tla fana ka khalemelo ka ho loka molemong oa ba bonolo ba lefatše. O tla otla lefatše ka thupa ea molomo oa hae;+ ’me a bolaee ea khopo ka moea oa molomo oa hae.+ 5 Ho loka e tla ba lebanta la letheka la hae,+ ’me botšepehi e be lebanta la letheka la hae.+

6 Phiri e tla lula ka nakoana le konyana e tona,+ lengau le bothe le potsanyane, ’me namane le taoana e moetse+ le phoofolo e fepehileng hantle li be hammoho;+ moshanyana o tla li etella pele. 7 Khomo e tla fula le bere; manamane a tsona a tla botha hammoho. Le tau e tla ja joang joaloka poho.+ 8 Ka sebele ngoana ea anyang o tla bapalla mokoting oa masumu;+ ngoana ea khoesitsoeng o tla kenya letsoho mokoting o kenyang leseli oa noha e chefo. 9 Li ke ke tsa ntša kotsi+ leha e le efe kapa tsa baka tšenyo leha e le efe thabeng eohle ea ka e halalelang;+ hobane ka sebele lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova joalokaha metsi a koahetse leoatle.+

10 Letsatsing+ leo ho tla ba le motso oa Jese+ o tla ema e le pontšo bakeng sa lichaba.+ Lichaba li tla retelehela ho oona ka morero oa ho botsa,+ ’me sebaka sa oona sa phomolo e tla ba se khanyang.+

11 Letsatsing leo Jehova o tla boela a fane ka letsoho la hae, ka lekhetlo la bobeli,+ bakeng sa ho fumana masala a batho ba hae ba setseng Assyria+ le Egepeta+ le Pathrose+ le Kushe+ le Elame+ le Shinare+ le Hamathe le lihlekehlekeng tsa leoatle.+ 12 Ka sebele o tla hlahisetsa lichaba pontšo ’me a bokelle ba qhalakantsoeng ba Iseraele;+ ba hasantsoeng ba Juda o tla ba bokella ho tsoa lipheletsong tse ’nè tsa lefatše.+

13 Poulelo ea Efraime e tla tloha,+ esita le ba bontšang bora ho Juda ba tla felisoa. Efraime e ke ke ea boulella Juda, kapa Juda e bontše bora ho Efraime.+ 14 Ba tla hlasela Bafilista nģ’a bophirimela;+ ba le hammoho ba tla tlatlapa bara ba Bochabela.+ Ba tla otlollela matsoho ho Edomo le Moabe,+ ’me bara ba Ammone e tla ba bafo ba bona.+ 15 Ka sebele Jehova o tla khaola leleme la leoatle la Egepeta,+ ’me a tsokele letsoho la hae Nōkeng+ ka cheseho ea moea oa hae. O tla e otla melapong ea eona e supileng e phoroselang, ’me o tla etsa hore batho ba tsamaee ba roetse meqathatso ea bona.+ 16 Ho tla ba le tsela+ e khōlō Assyria bakeng sa masala+ a batho ba hae a tla sala,+ feela joalokaha e ile ea e-ba teng bakeng sa Iseraele letsatsing la ha e tsoa naheng ea Egepeta.

12 Letsatsing leo+ ka sebele u tla re: “Ke tla u leboha, Jehova, etsoe le hoja u ile ua ntukela ka bohale, qetellong bohale ba hao bo ile ba tloha,+ ’me ua ntšelisa.+ 2 Bonang! Molimo ke poloko ea ka.+ Ke tla tšepa ’me ke se ke ka tšoha;+ etsoe Jah Jehova ke matla+ a ka le bonatla+ ba ka, ’me e bile poloko ea ka.”+

3 Ka sebele le tla kha metsi lilibeng tsa poloko ka thabo e khaphatsehang.+ 4 Letsatsing leo ka sebele le tla re: “Lebohang Jehova!+ Ipiletseng lebitsong la hae.+ Tsebahatsang mesebetsi ea hae lichabeng.+ Bolelang hore lebitso la hae le behiloe phahameng.+ 5 Binelang Jehova lipina tsa thoriso,+ etsoe o entse ka mokhoa o fetisisang.+ Sena se tsebahatsoa lefatšeng lohle.

6 “Tlerola litlatse ’me u hooe ka thabo, Uena mosali ea lulang Sione, etsoe ho uena Mohalaleli oa Iseraele o moholo.”+

13 Phatlalatso eo Esaia mora oa Amoze+ a e boneng ponong khahlanong le Babylona:+ 2 “Phahamisang pontšo+ holim ’a mafika a se nang letho. Ba phahamisetseng mantsoe, tsokang matsoho,+ hore ba tle menyakong ea bahlomphehi.+ 3 Ke ntšitse taelo e eang ho ba halalelitsoeng ba ka.+ Ke boetse ke bitsitse ba matla ba ka bakeng sa ho bontša bohale ba ka,+ ba thabileng ba ka ka tsela e totobetseng. 4 Mamelang! Bongata lithabeng, ho hong ho kang batho ba bangata!+ Mamelang! Moferefere oa mebuso, oa lichaba tse bokaneng!+ Jehova oa mabotho o khobokanya lebotho la ntoa.+ 5 Ba tsoa naheng e hōle,+ pheletsong ea maholimo, Jehova le libetsa tsa nyatso ea hae, bakeng sa ho senya lefatše lohle.+

6 “Bokollang,+ kaha letsatsi la Jehova le haufi!+ Le tla tla joaloka ho tlatlapa ha Ea Matla ’Ohle.+ 7 Ke ka lebaka leo matsoho ’ohle a tla tepella, ’me pelo eohle ea motho ea shoang e tla qhibiliha.+ 8 Batho ba khathatsehile.+ Ba tšoeroe ke ho tsitsipana le bohloko ba pelehi; ba na le bohloko ba pelehi ho tšoana le mosali ea belehang.+ Ba shebana ka ho makala. Lifahleho tsa bona ke lifahleho tse fubileng.+

9 “Bonang! Letsatsi la Jehova lea tla, le sehlōhō ka lebaka la khalefo le bohale bo tukang, e le ho etsa hore naha e be ntho e makalloang,+ le hore le ka felisa baetsalibe ba naha eo.+ 10 Etsoe linaleli tsa maholimo le lihlopha tsa tsona tsa linaleli tsa Kesile+ li ke ke tsa khanya; letsatsi le tla fifala ha le hlaha, le khoeli e ke ke ea khantša leseli la eona. 11 Ka sebele ke tla tlisa tefetso naheng bakeng sa bobe ba eona,+ ’me ke tlise tefetso ho ba khopo bakeng sa bobe ba bona. Ke tla felisa boikakaso ba ba iketelletsang pele, ’me ke tla kokobetsa boikhohomoso ba bahatelli.+ 12 Ke tla etsa hore motho ea shoang a fumanehe ka seoelo joaloka khauta e hloekisitsoeng,+ le motho oa lefatše a fumanehe ka seoelo joaloka khauta ea Ofire.+ 13 Ke ka lebaka leo ke tla etsa hore leholimo le tsukutlehe,+ ’me lefatše le tla reketla sebakeng sa lona ka lebaka la khalefo ea Jehova oa mabotho+ le letsatsing la bohale ba hae bo tukang.+ 14 Joaloka tšephe e lelekoang le joaloka mohlape oo ho seng ea o bokellang,+ ba tla khutla, e mong le e mong a ee ho batho ba habo; ’me ba tla baleha, e mong le e mong a ee naheng ea habo.+ 15 E mong le e mong ea fumanoang o tla hlajoa, ’me e mong le e mong ea tšoaroang o tla oa ka lerumo;+ 16 bana ba bona ba tla robakanngoa ka pel’a mahlo a bona.+ Matlo a bona a tla nkeloa thepa ka mahahapa, le basali ba bona ba tla betoa.+

17 “Bonang! ke hlahisa Bamede khahlanong le bona,+ ba nkang silevera e se letho le ba sa khahloeng ke khauta. 18 Liqha tsa bona li tla robakanya bahlankana.+ Ba ke ke ba hauhela litholoana tsa mpa;+ mahlo a bona a ke ke a utloela bara bohloko. 19 Babylona, mokhabiso oa mebuso,+ botle ba khanya ea Bakalde,+ e tla ba joalokaha Molimo a ne a liha Sodoma le Gomora.+ 20 E ke ke ea hlola e e-ba le baahi,+ kapa e be teng molokong o mong ka mor’a o mong.+ Moarabia a ke ke a hloma tente ea hae moo, ’me ha ho balisa ba tla bothisa mehlape ea bona moo. 21 Ka sebele baahi ba libaka tse se nang metsi ba tla robala teng, ’me matlo a bona a tla tlala bo-makhohlo.+ Limpshe li tla lula teng, ’me bademona ba nang le sebōpeho sa pōli ba tla tlōla-tlōla teng.+ 22 Liphokojoe li tla lla litoreng tsa eona tsa bolulo,+ ’me noha e khōlō e be matlong a ’muso a thabo e phethehileng. Nako ea eona e haufi, ’me matsatsi a eona a ke ke a chechisetsoa morao.”+

14 Etsoe Jehova o tla bontša Jakobo mohau,+ ’me o sa ntse a tla khetha Baiseraele;+ o tla ba fa phomolo naheng ea bona,+ ’me mojaki o tla kopanngoa le bona, ’me ba ikamahanye le ntlo ea Jakobo.+ 2 Lichaba li tla ba nka li ba tlise sebakeng sa bona, ’me ntlo ea Iseraele e tla inkela tsona e le leruo naheng ea Jehova e le bahlanka le makhabunyane;+ ba tla fetoha baholehi+ ba ba ba tšoereng e le baholehuoa, ’me ba tla laola ba neng ba ba qobella ho sebetsa.+

3 Ka letsatsi la ha Jehova a u fa phomolo bohlokong ba hao le pherekanong ea hao le bokhobeng bo boima boo u neng u entsoe lekhoba tlas’a bona,+ 4 u tla hlahisa polelo ena ea maele khahlanong le morena oa Babylona ’me u re:

“Ea qobellang ba bang ho sebetsa o khaolitse hakaakang, khatello e khaolitse hakaakang!+ 5 Jehova o robile molamu oa ba khopo, lere la babusi,+ 6 ea otlang lichaba ka khalefo ka chapo a sa phetse,+ ea kokobetsang lichaba ka bohale bo feletseng ka mahloriso a sa thijoeng.+ 7 Lefatše lohle le phomotse,+ ha le khathatsoe. Batho ba nyakaletse ka mehoo ea thabo.+ 8 Le lifate+ tsa junipere li u thabetse, likedare tsa Lebanone, li re, ‘Haesale u robala, ha ho moremi+ oa lehong ea re futuhetseng.’

9 “Esita le Sheole+ ka tlaase e tsukutlehile ka lebaka la hao e le hore e u khahlanyetse ha u kena. Ka lebaka la hao e tsositse ba se nang matla lefung,+ baeta-pele+ bohle ba lefatše ba kang lipōli. E entse hore marena ’ohle a lichaba a eme literoneng tsa ’ona.+ 10 Kaofela ha ’ona aa bua a re ho uena, ‘Na le uena u fokolisitsoe joaloka rōna?+ Na u entsoe hore u tšoane le rōna?+ 11 Khanya ea hao e theoletsoe Sheole, molumo o moholo oa liletsa tsa hao tse likhoele.+ Tlas’a hao, tšenyane e phutholotsoe joaloka setulo se kang bethe; ’me libōkō ke seaparo sa hao.’+

12 “U oele hakaakang leholimong,+ uena ea khanyang, mora oa mafube! U lihetsoe hakaakang lefatšeng,+ uena ea neng a holofatsa lichaba!+ 13 Ha e le uena, u itse ka pelong ea hao, ‘Ke tla nyolohela maholimong.+ Ke tla phahamisetsa terone+ ea ka holim ’a linaleli+ tsa Molimo, ’me ke tla lula thabeng ea pokano,+ likarolong tse hōle ka ho fetisisa tsa leboea.+ 14 Ke tla nyolohela libakeng tse phahameng tsa maru;+ ke tla iketsa hore ke tšoane le Ea Phahameng ka ho Fetisisa.’+

15 “Leha ho le joalo, u tla theoleloa Sheole,+ likarolong tse hōle ka ho fetisisa tsa sekoti.+ 16 Ba u bonang ba tla u talima; ba tla u hlahlobisisa, ba re, ‘Na enoa ke eena monna ea neng a ferekanya lefatše, ea neng a etsa hore mebuso e reketle,+ 17 ea entseng hore naha e behang e be joaloka lefeella le ea lihileng metse ea eona,+ ea sa kang a bulela batšoaruoa ba hae tsela e lebang hae?’+18 Marena a mang ’ohle a lichaba, e, kaofela ha ’ona, a robetse ka khanya, e mong le e mong ka tlung ea hae.+ 19 Empa ha e le uena, u lahliloe ho se sebaka sa lepato bakeng sa hao,+ joaloka lehlōmela le hloiloeng, u apesitsoe banna ba bolailoeng ba hlabiloeng ka sabole ba theohelang majoeng a sekoti,+ joaloka setopo se hataketsoeng.+ 20 U ke ke ua kopanngoa le bona lebitleng, hobane u sentse naha ea heno, u bolaile batho ba heno. Bana ba baetsi ba bobe ba ke ke ba e-ba le mabitso ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+

21 “Lokisang lehong leo ho bolaeloang ho lona bakeng sa bara ba hae ka lebaka la phoso ea baholo-holo ba bona,+ e le hore ba se ke ba phahama ’me ba rua lefatše ’me ba tlatsa naha e behang ka metse.”+

22 “Ke tla ba tsohela matla,”+ ho bolela Jehova oa mabotho.

“Ke tla tlosa lebitso+ le masala le bana le litloholo Babylona,”+ ho bolela Jehova.

23 “Ke tla mo etsa se ruiloeng ke linōkō le matamo a nang le lehlaka, ’me ke tla mo fiela ka lefielo la pheliso,”+ ho bolela Jehova oa mabotho.

24 Jehova oa mabotho o hlapantse,+ a re: “Ka sebele feela joalokaha ke rerile, ho tla etsahala; ’me feela joalokaha ke rerile, ke sona se tla phethahala,+ 25 e le hore ke robe Moassyria naheng+ ea ka le hore ke mo hatakele lithabeng tsa ka;+ le hore joko ea hae e tlohe holim ’a bona le hore mojaro oa hae o tlohe mahetleng a bona.”+

26 Ona ke morero o reretsoeng lefatše lohle, ’me lena ke letsoho le otlolletsoeng lichabeng tsohle. 27 Etsoe Jehova oa mabotho o rerile,+ ke mang ea ka senyang hoo?+ Letsoho la hae le otlolotsoe, ke mang ea ka le khutlisang?+

28 Ka selemo seo Morena Akaze a shoeleng ka sona+ ha hlaha phatlalatso ena: 29 “U se ke ua thaba,+ Uena Filistia,+ mang kapa mang ea ho uena, kahobane feela lere la ea u otlang le robehile.+ Etsoe motsong oa noha+ ho tla tsoa noha e chefo,+ ’me litholoana tsa eona e tla ba noha ea mollo e fofang.+ 30 Ka sebele matsibolo a ba tlaase a tla ja, ’me mafutsana a tla robala a sireletsehile.+ Ke tla bolaea motso oa hao ka tlala, ’me se setseng ho uena se tla bolaoa.+ 31 Bokolla, Uena heke! Lla, Uena motse! U tla nyahama kaofela, Uena Filistia! Etsoe mosi o tla o tsoa leboea, ’me ha ho ea ikarolang sehlopheng sa hae.”+

32 Ke eng seo mang kapa mang a tla se bua ha a araba manģosa+ a sechaba? Hore Jehova o ralile motheo oa Sione,+ ’me ba hlorileng ba batho ba hae ba tla tšabela ho eona.

15 Phatlalatso khahlanong le Moabe:+ Kahobane e tlatlapuoe bosiu, Are+ ea Moabe e khutsisitsoe. Kahobane e tlatlapuoe bosiu, Kire+ ea Moabe e khutsisitsoe. 2 E nyolohetse Ntlong le Dibone,+ libakeng tse phahameng, ho ea lla. Moabe e llela Nebo+ le Medeba.+ Lihloohong tsohle tse ho eona ho na le lefatla;+ litelu tsohle li kutiloe. 3 Ba apere lesela la mokotla literateng tsa eona.+ Marulelong+ a eona le mapatlelong e mong le e mong oa bokolla, o theoha a lla.+ 4 Heshbone le Eleale+ lia lla. Mantsoe a tsona a utloahetse ho ea fihla Jahaze.+ Ke ka lebaka leo banna ba hlometseng ba Moabe ba ntseng ba hoeletsa. Moea oa eona oa thothomela ka hare ho eona.

5 Pelo ea ka e llela Moabe.+ Babalehi ba eona ba hōle ho ea fihla Zooare+ le Eglathe-shelishia.+ Etsoe moepa oa Luhithe+—e mong le e mong o o nyoloha a lla; etsoe tseleng e eang Horonaime+ ba tsosa mohoo oa tlokotsi. 6 Etsoe metsi a Nimrime+ a fetoha lesupi feela. Etsoe joang bo botala bo omeletse, joang bo felile; ha ho letho le letala.+ 7 Ke ka lebaka leo masalla le thepa ea bona e bolokiloeng eo ba e bolokileng, ba ntseng ba e nka ho e tšelisa phula ea molapo o phoroselang ea lipopoliri. 8 Etsoe mohoo o tsoile ho potoloha naheng ea Moabe.+ Ho bokolla ho etsoang teng ho fihlile Eglaime; ho bokolla ho etsoang teng ho fihlile Beere-elime, 9 kahobane metsi a Dimone a tletse mali. Etsoe ke tla beha lintho tse eketsehileng holim ’a Dimone, tse kang tau bakeng sa baphonyohi ba Moabe ba phonyohang le bakeng sa ba setseng naheng.+

16 Romelang pheleu ho ’musi oa naha,+ ho tloha Sela nģ’a lefeella, ho ea thabeng ea morali oa Sione.+

2 Barali ba Moabe malibohong a Arnone+ ba tla ba joaloka sebōpuoa se nang le mapheo se balehang, se lelekoang sehlaheng sa sona.+

3 “Hlahisang keletso, phethisang qeto.+

“Etsang hore seriti sa lōna se be joaloka bosiu har’a motšehare.+ Patang ba qhalakantsoeng;+ le se ke la senola leha e le ofe ea balehang.+ 4 E se eka ba ka ba qhalakantsoeng ba ka lula e le bajaki ho uena, Moabe.+ E-ba sebaka seo ba ipatang ho sona ka lebaka la motlatlapi.+ Etsoe mohatelli o felile; ho tlatlapa ho felile; ba hatakelang ba bang ba timelitsoe lefatšeng.+

5 “Ka sebele terone e tla tiisoa ka thata ka mosa o lerato;+ e mong o tla lula ho eona ka ’nete tenteng ea Davida,+ a ahlola ’me a batla toka ’me a potlaka ho lokeng.”+

6 Re utloile ka boikakaso ba Moabe, hore e ikakasa haholo;+ boikhohomoso ba eona le boikakaso ba eona le khalefo ea eona+—puo ea eona ea lefeela e ke ke ea e-ba joalo.+ 7 Ka hona Moabe e tla llela Moabe; kaofela ha eona e tla bokolla.+ Ka sebele ba otliloeng ba tla llela bohobe ba morara o omisitsoeng ba Kire-haresethe,+ 8 kahobane masimo a Heshbone+ a ponne. Sefate sa morara oa Sibma+—beng ba lichaba ba khethutse makala a sona a bofubelu bo khanyang. Ba fihlile Jazere;+ ba ne ba lelera lefeelleng. Letlōbō la sona le tloheletsoe hore le hlōmele ka bolona; le ile leoatleng.

9 Ke ka lebaka leo ke tla lla sello sa Jazere ka lebaka la sefate sa morara sa Sibma.+ Ke tla u kolobisa ka meokho, Uena Heshbone+ le Eleale,+ kahobane ho hooa ka lebaka la lehlabula la hao le ka lebaka la kotulo ea hao ho hlahile.+ 10 Thabo le nyakallo li tlositsoe serapeng sa lifate tsa litholoana; ’me ha ho hoeletsoe ka thabo lirapeng tsa morara, ha ho mohoo o etsoang.+ Ea hatakelang ha a hatakele veine sehatelong.+ Ke felisitse mohoo.+

11 Ke ka lebaka leo likahare tsa ka li lubehileng joaloka harepa ka lebaka la Moabe,+ le mala a ka ka lebaka la Kire-haresethe.+

12 Ha bonoa hore Moabe e tepelelitsoe sebakeng se phahameng;+ eaba e tla sehalalelong sa eona hore e rapele,+ ’me e ne e sa khone ho finyella letho.+

13 Lena ke lentsoe leo Jehova a le buileng malebana le Moabe pele. 14 Joale Jehova o buile, a re: “Ka lilemo tse tharo, ho ea ka lilemo tsa mosebetsi ea hiriloeng,+ khanya+ ea Moabe le eona e tla nyelisoa ka moferefere o moholo oa mofuta o mong le o mong, ’me ba setseng e tla ba ba seng bakae ba sa reng letho, ba se nang matla.”+

17 Phatlalatso khahlanong le Damaseka:+ “Bonang! Damaseka ha e sa le motse, ’me e fetohile qubu, lithako tse senyehang.+ 2 Metse ea Aroere+ e siiloeng e fetoha libaka tsa mehlape, moo e bothang teng, ho se ea etsang hore e thothomele.+ 3 Motse o etselitsoeng qhobosheane o felisitsoe Efraime,+ le ’muso Damaseka;+ ’me ba setseng ba Syria ba tla tšoana le khanya ea bara ba Iseraele,” ho bolela Jehova oa mabotho.+

4 “Letsatsing leo khanya ea Jakobo e tla theoloa,+ esita le nama ea hae e nonneng e tla etsoa hore e be e otileng.+ 5 Etlare ha mokotuli a bokella lijo-thollo tse ntseng li le mahlakeng ’me letsoho la hae le kotula liqoapi tsa lijo-thollo,+ o tla tšoana le ea khoahlapisang liqoapi tsa lijo-thollo khohlong ea Barefaime.+ 6 Ho eona ho tla sala se khoahlapisitsoeng joalokaha ho hlohloroa sefate sa mohloaare: mehloaare e ’meli kapa e meraro e butsoitseng holim ’a lekala; mehloaare e mene kapa e mehlano makaleng a behang litholoana,” ho bolela Jehova Molimo oa Iseraele.+

7 Letsatsing leo motho oa lefatše o tla talima ho Moetsi oa hae, ’me mahlo a hae a tla talima Mohalaleli oa Iseraele.+ 8 A ke ke a talima ho lialetare,+ mosebetsi oa matsoho a hae;+ ’me a ke ke a talima seo menoana ea hae e se entseng, ebang ke lipalo tse halalelang kapa liluloana tsa libano.+ 9 Letsatsing leo metse ea hae ea qhobosheane e tla ba joaloka sebaka se tlohetsoeng ka ho feletseng morung, lekala leo ba le tlohetseng ka ho feletseng ka lebaka la bara ba Iseraele; ’me e tla fetoha lesupi.+ 10 Etsoe u lebetse+ Molimo oa poloko ea hao;+ ha ua hopola Lefika+ la qhobosheane ea hao. Ke ka lebaka leo u lemang libaka tse khahlehang tse lenngoeng, ’me u hloma letlōbō la motho osele ho tsona. 11 Motšehare u ka ’na ua etsetsa sebaka sa hao se lenngoeng motero ka hloko, ’me hoseng u ka ’na ua etsa hore peō ea hao e mele, empa ka sebele kotulo e tla baleha letsatsing la lefu le la bohloko bo sa phekoleheng.+

12 Jo! moferefere oa lichaba tse ngata, tse morusu joaloka morusu oa maoatle! Le lerata la lichaba, tse etsang molumo o moholo o joaloka molumo oa metsi a matla!+ 13 Lichaba+ li tla etsa molumo o moholo o joaloka molumo oa metsi a mangata. Ka sebele O tla li khalemela ka matla,+ ’me li tla balehela hōle ’me li lelekisoe joaloka ’mōkō oa lithaba ha o fefoloa ke moea le joaloka setsokotsane sa meutloa ka pel’a moea oa sefefo.+ 14 Ka shoalane, bonang! ho na le tšabo ea tšohanyetso. Pele e e-ba hoseng—ha e sa le eo.+ Ena ke kabelo ea ba re nkelang thepa ka mahahapa, le karolo ea ba re tlatlapang.+

18 Jo! naha ea likokoanyana tse phuphuselang ka mapheo, e sebakeng sa linōka tsa Ethiopia!+ 2 E romela baromuoa+ ka leoatle, le ka likepe tsa loli holim ’a metsi, e re: “Tsamaeang, lōna manģosa a lebelo, le ee sechabeng se selelele le se letlalo le boreleli, ho batho ba tšabehang hohle, sechaba se matla a tšoarellang le se hatakelang, seo naha ea sona e hohotsoeng ke linōka.”+

3 Lōna baahi bohle ba naha+ e behang le lōna baahi ba lefatše, le tla bona pono joaloka mohlang ho phahamisoang pontšo lithabeng,+ ’me le tla utloa molumo joaloka mohlang ho letsoang lenaka.+ 4 Etsoe sena ke seo Jehova a mpoleletseng sona: “Ke tla lula ke sa khathatseha ’me ke talime sebaka sa ka se tiisitsoeng,+ joaloka mocheso o benyang leseling,+ joaloka phoka mochesong oa kotulo.+ 5 Etsoe pele ho kotulo, ha thunthung e e-ba e phethahetseng le palesa e fetoha morara o butsoitseng, motho o tla boela a pome makalana ka sekere sa ho faola lifate ’me a tlose makala a ithatelang, a a khethule.+ 6 A tla tlohelloa nonyana ea lithaba e jang nama le phoofolo ea lefatše.+ Ka sebele nonyana e jang nama e tla hlola teng lehlabula, ’me phoofolo e ’ngoe le e ’ngoe ea lefatše e tla hlola teng nakong ea kotulo.+

7 “Ka nako eo Jehova oa mabotho+ o tla tlisetsoa mpho, e tsoang ho batho ba balelele le ba letlalo le boreleli,+ esita le ho batho ba tšabehang hohle, sechaba se nang le matla a tšoarellang le se hatakelang, seo naha ea sona e hohotsoeng ke linōka, ho e isa sebakeng sa lebitso la Jehova oa mabotho, Thabeng ea Sione.”+

19 Phatlalatso khahlanong le Egepeta:+ Bonang! Jehova o kaletse leru+ le lebelo ’me o kena Egepeta. Ka sebele melimo ea lefeela ea Egepeta e tla thothomela ka lebaka la hae,+ ’me pelo ea Egepeta e tla nyahama ka hare ho eona.+

2 “Ke tla thulanya Baegepeta le Baegepeta, ’me ka sebele ba tla loana e mong khahlanong le mor’abo, e mong khahlanong le motsoalle oa hae, motse khahlanong le motse, ’muso khahlanong le ’muso.+ 3 Moea oa Egepeta o tla ferekana ka hare ho eona,+ ’me ke tla nyopisa morero oa eona.+ Ka sebele ba tla retelehela ho melimo+ ea lefeela le ho baupelli le ho ba buisanang le meea le ho litsebi tse bolelang liketsahalo esale pele.+ 4 Ke tla nehelana ka Baegepeta letsohong la monghali ea thata, ’me morena ea tla ba busa o tla ba matla,”+ ho bolela Morena oa ’nete, Jehova oa mabotho.

5 Ka sebele metsi a tla psha leoatleng, le nōka e pshe ’me e ome.+ 6 Linōka li tla nkha hampe; melatsoana ea Nile ea Egepeta e tla ba tlaase ’me e pshe.+ Lehlaka+ le loli li tla foforeha. 7 Libaka tse sa koaheloang ke letho tse pel’a Nōka ea Nile, molomong oa Nōka ea Nile, le tšimo e ’ngoe le e ’ngoe ea Nōka ea Nile e tla psha.+ Ka sebele e tla tlosoa, ’me ha e sa tla ba teng. 8 Batšoasi ba litlhapi ba tla lokela ho siama, le bohle ba lahlelang lilope Nōkeng ea Nile ba tla sareloa, esita le ba alang matlooa a ho tšoasa litlhapi holim ’a metsi ba tla nyamela.+ 9 Ba sebetsang ka folaxe+ e lokiselitsoeng ho ohloa ba tla hlajoa ke lihlong; le ba etsang masela a masoeu ka foreimi e etsang masela. 10 Lilohi+ tsa hae li tla hatelloa, basebetsi bohle ba sebeletsang moputso ba sareloe moeeng.

11 Ka sebele likhosana tsa Zooane+ ke maoatla. Ha e le ba bohlale ho baeletsi ba Faro, keletso ea bona ha e na kahlolo e molemo.+ Le tla bua joang ho Faro le re: “Ke ’na mora oa ba bohlale, mora oa marena a boholo-holo”? 12 Joale, ba hokae—banna ba lōna ba bohlale+—e le hore joale ba le bolelle le hore ba tsebe seo Jehova oa mabotho a se rerileng malebana le Egepeta?+ 13 Likhosana tsa Zooane li entse ka booatla,+ likhosana tsa Nofe+ li thetsitsoe, banna ba bohlokoa+ melokong ea hae ba entse hore Egepeta e lelere. 14 Jehova o tsoakile moea oa ho khathatseha ka hare ho eena;+ ’me ba entse hore Egepeta e lelere mosebetsing oohle oa eona, feela joalokaha motho ea tahiloeng a etsoa hore a lelere mahlatseng a hae.+ 15 Egepeta e ke ke ea e-ba le mosebetsi leha e le ofe oo hlooho kapa mohatla, letlōbō kapa loli, li ka o etsang.+

16 Letsatsing leo Egepeta e tla tšoana le basali, ’me ka sebele e tla thothomela+ e tšohe ka lebaka la letsoho la Jehova oa mabotho le tsokoang leo a le tsokang khahlanong le eona.+ 17 Naha ea Juda e tla fetoha ntho e etsang hore Egepeta e thekesele.+ E mong le e mong ea bolelloang ka eona o tšohile ka lebaka la morero oa Jehova oa mabotho oo a mo rerelang oona.+

18 Letsatsing leo ho tla ba le metse e mehlano naheng ea Egepeta+ e buang puo ea Kanana+ ’me e hlapanya+ ka Jehova oa mabotho. Motse o mong o tla bitsoa Motse oa ho Qhaqha.

19 Letsatsing leo ho tla ba le aletare ea Jehova har’a naha ea Egepeta,+ sefika sa Jehova ka thōko ho moeli oa eona. 20 E tla ba pontšo le bopaki ho Jehova oa mabotho naheng ea Egepeta;+ etsoe ba tla hoeletsa ho Jehova ka lebaka la bahatelli,+ ’me o tla ba romela mopholosi, e moholo, ea tla ba lopolla.+ 21 Ka sebele Jehova o tla tsebahala ho Baegepeta;+ Baegepeta ba tla tseba Jehova letsatsing leo, ’me ba tla fana ka sehlabelo le mpho+ ’me ba etse boitlamo ho Jehova ’me ba bo phethe.+ 22 Ka sebele Jehova o tla otla Egepeta.+ Ho tla ba le kotlo le pholiso;+ ba tla khutlela ho Jehova,+ ’me o tla itumella hore ba mo kōpe ka tieo ’me a ba folise.+

23 Letsatsing leo ho tla ba le tsela+ e khōlō e tsoang Egepeta e eang Assyria, ’me Assyria e tla tla Egepeta, le Egepeta e ee Assyria; ’me ka sebele li tla etsa tšebeletso, Egepeta le Assyria. 24 Ka letsatsi leo Iseraele e tla ba ea boraro hammoho le Egepeta le Assyria,+ e leng, tlhohonolofatso har’a lefatše,+ 25 kahobane Jehova oa mabotho o tla be a e hlohonolofalitse,+ a itse: “Ho hlohonolofatsoe sechaba sa ka, Egepeta, le mosebetsi oa matsoho a ka, Assyria,+ le lefa la ka, Iseraele.”+

20 Ka selemo seo Tartane+ a tlileng Ashdode+ ka sona, ha a rometsoe ke Sargone morena oa Assyria,+ ’me a loantša Ashdode a e hapa;+ 2 ka nako eo Jehova a bua ka letsoho la Esaia mora oa Amoze,+ a re: “Tsamaea,+ ’me u lokolle lesela la mokotla lethekeng;+ u role meqathatso.”+ Eaba o etsa joalo, a tsamaea a hlobotse ’me a sa roala letho maotong.+

3 Jehova a tsoela pele ho re: “Feela joalokaha mohlanka oa ka Esaia a tsamaile a hlobotse ’me a sa roala letho maotong ka lilemo tse tharo e le pontšo+ le limakatso khahlanong le Egepeta+ le khahlanong le Ethiopia,+ 4 kahoo morena oa Assyria o tla etella pele sehlopha sa baholehuoa ba Egepeta+ le baholehuoa ba Ethiopia, bashanyana le banna-baholo, ba hlobotse ’me ba sa roala letho maotong, le marao a bona a hlobolisitsoe, bofeela ba Egepeta.+ 5 Ka sebele ba tla haroha letsoalo ’me ba hlajoe ke lihlong ka Ethiopia e leng tšepo+ eo ba e lebeletseng le Egepeta e leng botle ba bona.+ 6 Ka sebele baahi ba sebaka sena se lebōpong la leoatle ba tla re letsatsing leo, ‘Ke kamoo tšepo ea rōna e lebeletsoeng e leng kateng, eo re balehetseng ho eona bakeng sa thuso, e le hore re lopolloe ka lebaka la morena oa Assyria!+ Re tla phonyoha joang?’”

21 Phatlalatso khahlanong le lefeella la leoatle:+ Joaloka meea ea sefefo+ ea boroa ha e leba pele, e hlaha lefeelleng, naheng e tšabehang.+ 2 Ke boleletsoe pono e thata:+ Ea sebetsang ka bolotsana o sebetsa ka bolotsana, le motlatlapi oa tlatlapa.+ Nyoloha, Uena Elame! Thibella, Uena Media!+ Ke felisitse ho feheloa hohle ho bakoang ke eena.+ 3 Ke ka lebaka leo letheka la ka le tletseng bohloko bo boholo.+ Ke tšoeroe ke ho tsitsipana, joaloka ho tsitsipana ha mosali ea belehang.+ Ke ferekane hoo ke sa utloeng; ke tšoenyehile hoo ke sa boneng. 4 Pelo ea ka ea lelera; ke tšositsoe ke ho tlakasela. Mantsiboea ao ke neng ke ikamahanya le ’ona a entsoe ntho e nthothometsang.+

5 Tafole e ke e lokisoe, ho hlophisoe sebaka sa litulo, ho jeoe, ho nooe!+ Emang, lōna likhosana,+ tlotsang thebe.+ 6 Etsoe sena ke seo Jehova a mpoleletseng sona:

“E-ea, u behe molebeli hore a bolele seo a se bonang.”+

7 A bona koloi ea ntoa e nang le sepane sa lipere tsa ntoa, koloi ea ntoa ea liesele, koloi ea ntoa ea likamele. A ela hloko ka tieo, ka ho mamelisisa. 8 A hoeletsa joaloka tau:+ “Jehova, ke eme holim ’a tora ea ho lebela kamehla motšehare, ’me ke eme sebakeng sa ka sa ho lebela ka masiu ’ohle.+ 9 Bonang! ho tla koloi ea ntoa ea banna, hammoho le sepane sa lipere tsa ntoa!”+

A qala ho bua a re: “E oele! Babylona e oele,+ ’me litšoantšo tsohle tse betliloeng tsa melimo ea eona o li robile a li lahlela fatše!”+

10 Lōna batho ba ka ba potsoeng le mora oa seotlo sa ka,+ seo ke se utloileng ho Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, ke le tlalehetse sona.

11 Phatlalatso khahlanong le Duma: Ho na le ea nkhoeletsang a le Seire:+ “Molebeli, bosiu bo tla sa neng? Molebeli, bosiu bo tla sa neng?”+ 12 Molebeli a re: “Hoseng ho tla fihla, hammoho le bosiu. Haeba le botsa, botsang. Tloong hape!”

13 Phatlalatso khahlanong le thota ea lehoatata: Le tla hlola bosiu morung thoteng ea lehoatata, Lōna lihlopha tsa batsamai tsa banna ba Dedane.+ 14 Bakeng sa ho khahlanyetsa ea nyoriloeng tlisang metsi. Lōna baahi ba naha ea Tema,+ khahlanyetsang ea balehang le mo nkele bohobe. 15 Hobane ba balehile ka lebaka la lisabole, ka lebaka la sabole e tsomutsoeng, le ka lebaka la seqha se kobiloeng le ka lebaka la boima ba ntoa.

16 Etsoe sena ke seo Jehova a mpoleletseng sona: “Pele ho fela selemo, ho ea ka lilemo tsa mosebetsi ea hiriloeng,+ khanya eohle ea Kedare+ e tla fela. 17 Ba setseng palong ea banna ba fulang ka seqha, banna ba matla ho bara ba Kedare, ba tla fokotseha,+ etsoe Jehova, Molimo oa Iseraele, o boletse hoo.”+

22 Phatlalatso ea phula ea pono:+ Joale, molato ke’ng ka lōna hore ebe le hloeletse marulelong kaofela ha lōna?+ 2 U ne u tletse moferefere, motse o morusu, motse o thabileng.+ Batho ba hao ba bolailoeng hase ba bolailoeng ka sabole, kapa ba shoeletseng ntoeng.+ 3 Bahatelli+ bohle ba hao ba balehile ka nako e le ’ngoe.+ Ba entsoe batšoaruoa ho sa hlokahale seqha. Batho bohle ba hao ba fumanoeng ba entsoe batšoaruoa hammoho.+ Ba ne ba balehetse hōle.

4 Ke ka lebaka leo ke itseng: “Khaotsang ho ntalimisisa. Ke tla bontša bohloko ka ho lla.+ Le se ke la tsitlella ho ntšelisa ka lebaka la ho tlatlapuoa ha morali oa sechaba sa heso.+ 5 Etsoe ke letsatsi la pherekano+ le la ho hatakela+ le la ho tsietsa+ leo ’Musi Morena, Jehova oa mabotho, a nang le lona phuleng ea pono. Ho na le moheletsi oa lerako,+ le mohoo thabeng.+ 6 Elame+ e nkile khohlopo, koloing ea ntoa ea motho oa lefatše, hammoho le sepane sa lipere tsa ntoa; ’me Kire+ e koaholotse thebe. 7 Likhohlo tsa hao tse khethehileng ka ho fetisisa li tla tlala likoloi tsa ntoa, ’me ruri lipere tsa ntoa li tla ema hekeng, 8 ’me e mong o tla tlosa lesira la Juda. Letsatsing leo u tla ema ka nģ’a pokello ea lihlomo+ tsa ntlo ea moru,+ 9 ’me ka sebele le tla bona makhalo a Motse oa Davida, etsoe a tla ba mangata.+ Le tla bokella metsi a letamo le ka tlaase.+ 10 Le tla bala matlo a Jerusalema. Le tla boela le heletse matlo e le ho etsa hore lerako+ le se ke la fihleloa. 11 Pakeng tsa marako a mabeli le tla etsa beisine e khakeletsang bakeng sa metsi a letamo la khale.+ Ka sebele le ke ke la talima Moetsi oa lona e Moholo, ’me le ke ke la bona ea le entseng khale.

12 “Letsatsing leo ’Musi+ Morena Jehova oa mabotho, o tla batla hore ho be le ho lla+ le ho siama le ho beola le ho itlama ka lesela la mokotla.+ 13 Empa, bonang! thabo e khaphatsehang le nyakallo, ho bolaoa ha likhomo le ho hlajoa ha linku, ho jeoa ha nama le ho nooa ha veine,+ ‘A re jeng ’me re noeng, etsoe hosasane re tla shoa.’”+

14 Jehova oa mabotho o itšenotse litsebeng tsa ka:+ “‘Phoso ena e ke ke ea koaheloa+ bakeng sa lōna ho fihlela le shoa,’+ ’Musi Morena, Jehova oa mabotho, o boletse.”

15 Sena ke seo ’Musi Morena, Jehova oa mabotho, a se boletseng: “E-ea, u kene ho motsamaisi enoa, ho Shebna,+ ea okametseng ntlo,+ 16 ‘Ke eng eo u e thahasellang moo, ’me ke mang eo u mo thahasellang moo, hoo u icheketseng sebaka sa lepato?’+ O cheka sebaka sa hae sa lepato moo ho phahameng; o ichekela sebaka sa bolulo lefikeng. 17 ‘Bona! Jehova o u lahlela fatše ka ho lahla ka mabifi, Uena monna ea shahlileng, ’me oa u shakarela. 18 Ruri o tla u phuthela ka thata, joaloka bolo naheng e pharaletseng. U tla shoella moo, ’me moo likoloi tsa khanya ea hao e tla ba ho se hlomphehe ha ntlo ea mong’a hao. 19 Ke tla u sutumelletsa hōle le moo u emeng teng; motho o tla u liha sebakeng sa hao sa bolaoli.+

20 “‘Letsatsing leo ke tla bitsa mohlanka oa ka,+ e leng, Eliakime+ mora oa Hilkia.+ 21 Ke tla mo apesa seaparo sa hao se selelele sa ka holimo, ’me ke mo tlame ka tieo ka leqhama la hao,+ ’me ke fane ka puso ea hao letsohong la hae; o tla fetoha ntate oa moahi oa Jerusalema le oa ntlo ea Juda.+ 22 Ke tla beha senotlolo+ sa ntlo ea Davida lehetleng la hae, o tla bula ’me ho se ke ha e-ba le ea koalang, o tla koala ’me ho se ke ha e-ba le ea bulang.+ 23 Ke tla mo khokhothela joaloka thakhisa+ sebakeng se tšoarellang, ’me o tla ba joaloka terone ea khanya ho ntlo ea ntat’ae.+ 24 Ba tla leketlisa khanya eohle ea ntlo ea ntat’ae holim ’a hae, litloholo le mahlōmela, lijana tsohle tsa mofuta o monyenyane, lijana tsa mofuta oa sekotlolo hammoho le lijana tsohle tsa linkho tse khōlō.

25 “‘Letsatsing leo,’ ho bolela Jehova oa mabotho, ‘ho tla tlosoa+ thakhisa+ e khokhothetsoeng sebakeng se tšoarellang, ’me e tla khaoloa e oe, ’me mojaro o holim ’a eona o felisoe, etsoe Jehova o boletse hoo.’”+

23 Phatlalatso ea Tyre:+ Bokollang, lōna likepe tsa Tarshishe!+ etsoe e tlatlapuoe hore e se ke ea e-ba kou, hore e se ke ea e-ba sebaka seo ho kenoang ho sona.+ Ba e senoletsoe naheng ea Kitime.+ 2 Khutsang, lōna baahi ba sebaka se lebōpong la leoatle. Bahoebi ba Sidone,+ ba tšelang leoatle—ba le tlatsitse. 3 Peō ea Shihore+ e metsing a mangata, kotulo ea Nile, letlotlo la eona; e bile phaello ea lichaba.+

4 Hlajoa ke lihlong, Uena Sidone;+ hobane leoatle, Uena qhobosheane ea leoatle, le itse: “Ha kea ba le bohloko ba pelehi, ’me ha kea beleha, leha e le ho hlokomela bahlankana, ho hōlisa baroetsana.”+ 5 Feela joaloka tlaleho e mabapi le Egepeta,+ ka ho tšoanang batho ba tla ba le bohloko bo boholo ka lebaka la tlaleho ea Tyre.+ 6 Tšelelang Tarshishe; bokollang, lōna baahi ba sebaka se lebōpong la leoatle. 7 Na ona ke motse oa lōna o neng o thabile ho tloha linakong tsa khale, ho tloha linakong tsa oona tsa pele? Maoto a oona a ne a o isa hōle hore o lule teng e le mojaki.

8 Ke mang ea entseng qeto+ ee khahlanong le Tyre, e fanang ka meqhaka, eo bahoebi ba eona e neng e le likhosana, eo bo-rakhoebo ba eona e neng e le ba hlomphehang ba lefatše?+

9 Jehova oa mabotho o entse qeto ena,+ bakeng sa ho silafatsa khanya ea botle bohle,+ ho eisa bohle ba hlomphehang ba lefatše.+

10 Tšela naheng ea heno joaloka Nōkeng ea Nile, Uena morali oa Tarshishe.+ Ha ho sa na sebaka seo likepe li etsoang ho sona.+ 11 O otlolletse letsoho holim ’a leoatle; o entse hore mebuso e tsukutlehe.+ Jehova o fane ka taelo khahlanong le Foenisia, ho felisa liqhobosheane tsa eona.+ 12 O re: “U se ke ua hlola u thaba le ka mohla,+ Uena ea hateletsoeng, morali oa Sidone oa moroetsana.+ Ema, u tšelele Kitime.+ Le hona teng u ke ke ua phomola.”

13 Bonang! Naha ea Bakalde.+ Sena ke sechaba—Assyria+ e ne e se sona—ba e thehetse baahi ba lehoatata.+ Ba emisitse litora tsa bona tsa ho thibella;+ ba nketse litora tsa eona tsa bolulo maruo hoo ho setseng ho se na letho;+ e mong o e behile e le lithako tse helehang.+

14 Bokollang, lōna likepe tsa Tarshishe, kaha qhobosheane ea lōna e tlatlapuoe.+

15 Letsatsing leo Tyre e tla lebaloa ka lilemo tse mashome a supileng,+ ho tšoana le matsatsi a morena a le mong. Bofelong ba lilemo tse mashome a supileng Tyre e tla hlaheloa ke se pineng ea letekatse: 16 “Nka harepa, u potolohe motse, Uena letekatse le lebetsoeng.+ Etsa se molemo ka ho fetisisa ka ho letsa liletsa tse likhoele; atisa lipina tsa hao, e le hore u ka hopoloa.”

17 Bofelong ba lilemo tse mashome a supileng Jehova o tla lebisa tlhokomelo ea hae Tyre, ’me e tla khutlela moputsong+ oa eona ’me e etse botekatse le mebuso eohle ea lefatše e holim ’a lefatše.+ 18 Phaello ea eona le moputso oa eona+ o tla fetoha ntho e halalelang ho Jehova. O ke ke oa bolokoa, kapa oa behoa, kahobane moputso oa eona e tla ba oa ba lulang ka pel’a Jehova,+ e le hore ba je ba khore ’me ba apare seaparo se setle.+

24 Bonang! Jehova o horula naha ’me o e fetola lesupi,+ ’me o e sothile sefahleho+ a hasanya baahi ba eona.+ 2 Ho batho ho tla tšoana le ho moprista; ho mohlanka ho tla tšoana le ho mong’a hae; ho lekhabunyane ho tla tšoana le ho mong’a lona oa mosali; ho moreki ho tla tšoana le ho morekisi; ho motho ea alimanang ho tla tšoana le ho ea alingoang; ho ea amohelang phaello ho tla tšoana le ho ea lefang phaello.+ 3 Ruri naha e tla horuloa, ’me ruri e tla tlatlapuoa,+ etsoe Jehova o buile lentsoe lena.+ 4 Naha e siame,+ e nyametse. Naha e behang e ponne, e nyametse. Ba phahameng ho batho ba naha ba tepeletse.+ 5 Naha e silafetse tlas’a baahi ba eona,+ kaha ba hlokomolohile melao,+ ba fetotse molao oa tsamaiso,+ ba tlōtse selekane se hlolang ka nako e sa lekanyetsoang.+ 6 Ke ka lebaka leo thohako e jeleng naha,+ ’me ba ahileng ho eona ba nkoang ba le molato. Ke ka lebaka leo palo ea baahi ba naha e fokotsehileng, ’me ho setse batho ba shoang ba ’maloa haholo.+

7 Veine e ncha e siame, sefate sa morara se ponne,+ bohle ba lipelo li nyakaletseng ba fehetsoe.+ 8 Thabo e khaphatsehang ea meropa e menyenyane e felile, lerata la ba nyakaletseng haholo le khaolitse, thabo e khaphatsehang ea harepa e felile.+ 9 Ba noa veine ho se pina; joala bo tahang bo fetohile bo babang ho ba bo noang. 10 Motse o tlohetsoeng o sentsoe;+ ntlo e ’ngoe le e ’ngoe e koetsoe hore ho se ke ha kenoa ho eona. 11 Literateng ho na le mohoo ka lebaka la ho hloka veine. Ho thaba hohle ho felile; thabo e khaphatsehang ea naha e felile.+ 12 Motseng ho siiloe boemo bo makatsang; heke e pshatliloe hore e be qubu feela ea likotoana.+

13 Etsoe ho tla ba joalo har’a naha, har’a lichaba, joaloka ho hlohloroa ha sefate sa mohloaare,+ joaloka se khoahlapisitsoeng ha ho bokelloa ha morara ho felile.+14 Ba tla phahamisa mantsoe, ba tla hoeletsa ka thabo. Bophahamong ba Jehova ka sebele ba tla tlerola litlatse leoatleng.+ 15 Ke ka lebaka leo ba tla tlotlisa Jehova+ sebakeng sa khanya,+ lihlekehlekeng tsa leoatle ba tlotlise lebitso la Jehova,+ Molimo oa Iseraele. 16 Re utloile lipina tsa thoriso lipheletsong tsa naha:+ “Mokhabiso oa Ea Lokileng!”+

Empa ke re: “Ke otile,+ ke otile! Ho malimabe ’na! Basebetsi ba bolotsana ba sebelitse ka bolotsana.+ Ka bolotsana basebetsi ba bolotsana ba sebelitse ka bolotsana.”+

17 Tšabo le sekoti le sefi li ho uena, uena moahi oa naha.+ 18 Mang kapa mang ea balehang molumo oa ntho e tšajoang o tla oela ka sekoting, ’me mang kapa mang ea nyolohang ka sekoting o tla tšoasoa ke sefi.+ Etsoe ka sebele likhoro tse phahameng tsa moroallo li tla buloa,+ ’me metheo ea naha e reketle.+ 19 Naha e phatlohile ka ho feletseng, naha e sisintsoe ka ho feletseng, naha e reketlisitsoe ka ho feletseng.+ 20 Naha e therekela ka ho feletseng joaloka motho ea tahiloeng, ’me e tsokotsehile joaloka motlotloane oa ho lebela.+ E imetsoe ke tlōlo ea eona,+ ’me e tla oa, hoo e ke keng ea boela ea phahama.+

21 Letsatsing leo Jehova o tla lebisa tlhokomelo ea hae ho lebotho le phahameng le leng moo ho phahameng, le ho marena a lefatše a leng lefatšeng.+ 22 Ka sebele ba tla bokelloa joaloka ha ho bokelleloa batšoaruoa ka sekoting,+ ’me ba koalloe chankaneng e ka tlas’a mohaho;+ ka mor’a matsatsi a mangata ba tla eloa hloko.+ 23 Khoeli e tolokileng e soabile, ’me letsatsi le khanyang le hlabiloe ke lihlong,+ etsoe Jehova oa mabotho ke morena+ ka khanya Thabeng ea Sione+ le Jerusalema le ka pel’a banna ba hae ba hōlileng.+

25 Jehova, u Molimo oa ka.+ Kea u phahamisa,+ ke roka lebitso la hao,+ etsoe u entse lintho tse hlollang,+ merero+ ho tloha linakong tsa pele, ka botšepehi,+ ka ho ba ea ka tšeptjoang.+ 2 Etsoe u entse motse qubu ea majoe, ua etsa motse o etselitsoeng qhobosheane lithako tse helehang, ua etsa hore tora ea bolulo ea basele e se ke ea e-ba motse, o ke keng oa tsosolosoa esita le ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ 3 Ke ka lebaka leo bao e leng sechaba se matla ba tla u tlotlisa; motse oa lichaba tse hatellang, o tla u tšaba.+ 4 Etsoe u fetohile qhobosheane ho ea tlaase, qhobosheane ho mofutsana mahlomoleng a hae,+ setšabelo puleng e nang ka sefefo, moriti+ ha ho chesa, ha pululo ea bahatelli e tšoana le pula e nang ka sefefo lerakong. 5 Joaloka mocheso naheng e se nang metsi, u kokobetsa lerata la basele, mocheso ka moriti oa leru.+ Pina ea thoriso ea bahatelli ea hatelloa.+

6 Ka sebele Jehova oa mabotho o tla etsetsa lichaba tsohle,+ thabeng ena,+ mokete oa lijo tse nang le oli e ngata,+ mokete oa veine e nang le litšifa, oa lijo tse nang le oli e ngata tse tletseng moko,+ oa veine+ e nang le litšifa, e tlhotliloeng.+ 7 Ka sebele thabeng ena o tla metsa sekoahelo se koahetseng lichaba tsohle,+ le moloho o loheletsoeng hammoho holim ’a lichaba tsohle. 8 O tla metsa lefu ka ho sa feleng,+ ’me ka sebele ’Musi Morena Jehova o tla hlakola meokho lifahlehong tsohle.+ O tla tlosa nyeliso ea batho ba hae lefatšeng lohle,+ etsoe Jehova o boletse hoo.

9 Letsatsing leo ka sebele e mong o tla re: “Bonang! Enoa ke Molimo oa rōna.+ Re mo tšepile,+ ’me o tla re pholosa.+ Enoa ke Jehova.+ Re mo tšepile. A re thabeng ’me re nyakallele poloko e tsoang ho eena.”+

10 Etsoe letsoho la Jehova le tla lula thabeng ena,+ ’me Moabe e tla hatakeloa+ sebakeng sa eona joalokaha qubu ea joang e hatakeloa sebakeng sa moiteli.+ 11 O tla otlolla matsoho ka har’a eona joalokaha sesesi se a otlolla hore se sese, ’me o tla kokobetsa boikhohomoso ba eona+ ka motsamao o qhekellang oa matsoho a hae. 12 Motse o etselitsoeng qhobosheane, le marako a hao a phahameng a tšireletso, o tla o rapalatsa; o tla o kokobetsa, a o kopanye le lefatše, lerōleng.+

26 Letsatsing leo+ ho tla binoa+ pina ena naheng ea Juda:+ “Re na le motse o matla.+ O beha poloko bakeng sa marako le ’mōtōmōtō.+ 2 Bulang liheke,+ hore sechaba se lokileng se bolokang boitšoaro bo tšepahalang se kene.+ 3 Tšekamelo e tšehelitsoeng hantle u tla e sireletsa ka khotso e sa khaotseng,+ kahobane motho o etsoa hore a u tšepe.+ 4 Tšepang Jehova+ ka ho sa feleng, etsoe Jah Jehova ke Lefika+ ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.

5 “Etsoe o rapalalitse ba ahileng phahameng,+ motseng o phahameng.+ Oa o kokobetsa, o o kokobeletsa fatše; o o tlisa lerōleng.+ 6 Leoto le tla o hatakela, maoto a ea hlorileng, mehato ea ba tlaase.”+

7 Tsela ea ea lokileng ke ho loka.+ Kaha u lokile, u tla batalatsa tsela ea ea lokileng.+ 8 E, ka lebaka la tsela ea likahlolo tsa hao, Jehova, re u tšepile.+ Takatso ea moea+ e bile bakeng sa lebitso la hao le bakeng sa sehopotso sa hao.+ 9 Ke u lakalitse ka moea oa ka bosiu;+ e, ka moea oa ka ke ntse ke u batla;+ hobane, ha ho e-na le likahlolo tse tsoang ho uena bakeng sa lefatše,+ ka sebele baahi ba naha e behang ba tla ithuta+ ho loka.+ 10 Le haeba ea khopo a ka bontšoa mohau, ho hang a ke ke a ithuta ho loka.+ O tla itšoara ka mokhoa o hlokang toka+ naheng ea ho loka ’me a ke ke a bona boemo bo phahameng ba Jehova.+

11 Jehova, letsoho la hao le phahame,+ empa ha ba le bone.+ Ba tla bona ’me ba hlajoe ke lihlong+ ka lebaka la cheseho bakeng sa batho ba hao. E, ba tla chesoa ke mollo+ o etselitsoeng bahanyetsi ba hao. 12 Jehova, u tla ahlola hore re be le khotso,+ kahobane u re etselitse mesebetsi eohle ea rōna.+ 13 Jehova Molimo oa rōna, benghali ba bang ntle ho uena ba ikentse beng ba rōna.+ Ka thuso ea hao feela re tla bolela lebitso la hao.+ 14 Ba shoele; ba ke ke ba phela.+ Ha ba na matla lefung,+ ba ke ke ba ema.+ Ka hona u etse hloko e le hore u ka ba felisa le ho timetsa ho boleloa hohle ha bona.+

15 U ekelitse sechaba; Jehova, u ekelitse sechaba;+ u itlotlisitse.+ U atoloselitse meeli eohle ea naha hōle.+ 16 Jehova, ba lebisitse tlhokomelo ea bona ho uena nakong ea mahlomola;+ ba hoeshelitse thapelo ha ba lauoa ke uena.+ 17 Feela joaloka mosali oa moimana ha a le haufi le ho beleha, a e-ba le bohloko ba pelehi, a hoeletsa bohlokong ba hae ba pelehi, kahoo le rōna re bile joalo ka lebaka la hao, Jehova.+ 18 Re imme, re bile le bohloko ba pelehi;+ ho joalokaha eka re tsoetse moea. Ha ho poloko ea sebele eo re e finyellang mabapi le naha,+ ’me ha ho baahi ba naha e behang ba tsoaloang.+

19 “Bafu ba hao ba tla phela.+ Litopo tsa rōna—li tla tsoha.+ Tsohang ’me le hoeletse ka thabo, lōna ba ahileng lerōleng!+ Kaha phoka+ ea hao e tšoana le phoka ea tika-motse,+ ’me lefatše le tla etsa hore ba se nang matla lefung ba tsoaloe.+

20 “E-ea, sechaba sa ka, kena likamoreng tsa hao tse ka hare, ’me u koale mamati ka mor’a hao.+ Ipate ka motsotsoana ho fihlela nyatso e feta.+ 21 Etsoe, bonang! Jehova o tloha sebakeng sa hae hore a batle boikarabello bakeng sa phoso eo moahi oa naha a e entseng khahlanong le eena,+ ’me ka sebele naha e tla pepesa tšollo+ ea eona ea mali ’me ha e sa tla hlola e koahela batho ba eona ba bolailoeng.”+

27 Letsatsing leo Jehova,+ ka sabole ea hae e thata le e khōlō le e matla,+ o tla lebisa tlhokomelo ea hae ho Leviathane,+ noha e lelemelang,+ Leviathane, noha e khopameng, ’me ka sebele o tla bolaea phoofolo+ ea tonanahali ea leoatle e leoatleng.

2 Letsatsing leo mo bineleng:+ “Serapa sa morara+ sa veine e phophomang! 3 ’Na, Jehova, kea mo sireletsa.+ Ke tla mo nosetsa kamehla.+ E le hore ho se ke ha e-ba le ea mong ea tla lebisa tlhokomelo ea hae khahlanong le eena, ke tla mo sireletsa bosiu le motšehare.+ 4 Ha kea halefa.+ Ke mang ea tla mpha lihlahla+ tse meutloa le litlama-tlama ntoeng? Ke tla li hata. Ke tla li chesa ka nako e tšoanang.+ 5 Ho seng joalo a ke a tšoare qhobosheane ea ka, a ke a etse khotso le ’na; a ke a etse khotso le ’na.”+

6 Matsatsing a tlang Jakobo e tla mela ka metso, Iseraele+ e tla hlahisa lithunthung ’me e hlōmele; ’me ba tla tlatsa lihlahisoa holim ’a naha e behang.+

7 Na motho o lokela ho mo shapa ka chapo e kang ea ea mo shapang? Kapa na o lokela ho bolaoa ka polao e kang ea batho ba hae ba bolailoeng?+ 8 U tla mo loantša ka mohoo o tšosang ha u mo romela. O tla mo leleka ka pululo ea hae, e matla letsatsing la moea oa bochabela.+ 9 Ka hona phoso ea Jakobo e tla koaheloa ka mokhoa ona,+ ’me tsena ke litholoana tsohle ha a tlosa sebe+ sa hae, ha a etsa hore majoe ’ohle a aletare a be joaloka majoe a choko a silakantsoeng, e le hore lipalo+ tse halalelang le liluloana tsa libano li se ke tsa ema.+ 10 Etsoe motse o etselitsoeng qhobosheane o tla ba ’notši, lekhulo le tla tloheloa le ’notši ’me le tloheloe joaloka lefeella.+ Namane e tla fula teng, ’me e bothe teng; ’me e tla ja makala a oona.+ 11 Ha makalana a oona a omeletse, basali ba kenang ba tla a khethula, ba a bese.+ Etsoe hase sechaba se nang le kutloisiso e matla.+ Ke ka lebaka leo Moetsi oa sona a ke keng a se bontša mohau, le ’Mōpi oa sona a ke keng a se bontša mohau.+

12 Letsatsing leo Jehova o tla hlohlora litholoana,+ ho tloha molapong o phallang oa Nōka+ ho ea phuleng ea molapo o phoroselang ea Egepeta,+ ’me le tla nkoa ka ho latellana,+ Lōna bara ba Iseraele. 13 Letsatsing leo ho tla letsoa lenaka+ le leholo, ’me ka sebele ba timelang naheng ea Assyria+ le ba qhalakaneng naheng ea Egepeta+ ba tla tla ’me ba inamele+ Jehova thabeng e halalelang Jerusalema.+

28 Ho malimabe moqhaka o phahameng oa matahoa a Efraime,+ le thunthung e ponneng ea mokhabiso o motle o qalong ea phula e nonneng ea ba hlōtsoeng ke veine! 2 Bonang! Jehova o na le ea matla le ea mahlahahlaha.+ Joaloka sefefo sa sealuma sa sefako,+ sefefo se timetsang, joaloka sefefo sa sealuma sa metsi a matla, a tšolohang,+ ka sebele o tla lahlela fatše ka matla. 3 Meqhaka e phahameng ea matahoa a Efraime e tla hatakeloa ka maoto.+ 4 Palesa+ e ponneng ea mokhabiso oa eona o motle e qalong ea phula e nonneng e tla tšoana le feiga+ e butsoang pele e bang teng pele ho lehlabula, hore ha seboni se e bona, se e metse, ha e sa ntse e le letsohong la sona.

5 Ka letsatsi leo Jehova oa mabotho o tla ba joaloka moqhaka o khabisang+ le moqhaka o motle oa lipalesa+ ho ba setseng+ sechabeng sa hae, 6 le joaloka moea oa toka ho ea lutseng kahlolong,+ le joaloka matla ho ba lelekang ntoa hekeng.+

7 Le bana—ba khelohile ka lebaka la veine ’me ba lelerile ka lebaka la joala bo tahang. Moprista le moprofeta+—ba khelohile ka lebaka la joala bo tahang, ba ferekane ka lebaka la veine, ba lelerile+ ka lebaka la joala bo tahang; ba khelohile ponong ea bona, ba thekesetse mabapi le qeto. 8 Etsoe litafole tsohle li tletse mahlatsa+ a litšila—ha ho sebaka se se nang ’ona.

9 Ke mang eo motho a tla mo rupela ka tsebo,+ ’me ke mang eo motho a tla etsa hore a utloisise se utloiloeng?+ Na ke ba khoesitsoeng, ba tlositsoeng matsoeleng?+ 10 Etsoe ke “taelo holim ’a taelo, taelo holim ’a taelo, khoele ea ho lekanya holim ’a khoele ea ho lekanya, khoele ea ho lekanya holim ’a khoele ea ho lekanya, hanyenyane mona, hanyenyane mane.”+ 11 Etsoe o tla bua le batho+ bana a sebelisa ba kokotletsang ka melomo+ ea bona le ka puo+ e fapaneng, 12 bao a itseng ho bona: “Sena ke sebaka sa phomolo. Fanang ka phomolo ho ea tepeletseng. Sena ke sebaka sa boiketlo,” empa ba sa rate ho utloa.+ 13 Ka sebele ho bona lentsoe la Jehova le tla fetoha “taelo holim ’a taelo, taelo holim ’a taelo, khoele ea ho lekanya holim ’a khoele ea ho lekanya, khoele ea ho lekanya holim ’a khoele+ ea ho lekanya, hanyenyane mona, hanyenyane mane,” e le hore ba ka tsamaea ’me ka sebele ba khoptjoe ba oe ka seetse ba robehe ’me ba tšoasoe ba be ba tšoaroe.+

14 Ka hona utloang lentsoe la Jehova, lōna baithorisi, lōna babusi+ ba batho bana ba leng Jerusalema: 15 Kahobane le itse: “Re hlabile selekane le Lefu;+ ’me re entse pono+ le Sheole; moroallo o phoroselang, haeba o ka feta, o ke ke oa tla ho rōna, etsoe re entse leshano setšabelo+ sa rōna ’me re ipatile leshanong”;+ 16 ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Bonang! ke beha lejoe+ e le motheo Sione,+ lejoe+ le lekiloeng, sekhutlo+ sa bohlokoa sa motheo+ o tiileng. Ha ho ea bontšang tumelo ho lona ea tla tšoha.+ 17 Ke tla etsa hore toka e be khoele+ ea ho lekanya ’me ho loka+ e be kofuto e tsitsisang; sefako+ se tla hohola setšabelo sa leshano,+ metsi a pupetse sebaka seo ho ipatoang ho sona.+ 18 Ka sebele selekane sa lōna le Lefu se tla felisoa,+ ’me pono ea lōna le Sheole e ke ke ea ema e tiile.+ Moroallo o phoroselang, ha o feta+—le tla fetoha sebaka seo o se hatakelang.+ 19 Nako le nako ha o feta, o tla le nka,+ hobane o tla feta hoseng ho hong le ho hong, motšehare le bosiu; e tla ba lebaka la ho thothomela+ ho etsa hore ba bang ba utloisise se utloiloeng.”

20 Etsoe setulo se kang bethe se sekhutšoanyane haholo hore motho a paqame ho sona, le lakane e lohiloeng e nyenyane haholo ha motho a ithatela ka eona. 21 Etsoe Jehova o tla ema joaloka Thabeng ea Perazime,+ o tla halefa joaloka khohlong e haufi le Gibeone,+ e le hore a etse ketso ea hae—ketso ea hae ea makatsa—le hore a sebetse mosebetsi oa hae—mosebetsi oa hae ha oa tloaeleha.+ 22 Joale le se ke la ba basomi,+ e le hore marapo a lōna a se ke a tiea, etsoe ho na le pheliso, ntho e etselitsoeng qeto, eo ke e utloileng ho ’Musi+ Morena, Jehova oa mabotho, bakeng sa naha eohle.+

23 Mamelang, ’me le utloe lentsoe la ka; elang hloko ’me le mamele polelo ea ka. 24 Na molemi o lema letsatsi lohle+ e le hore a jale peō, a hlephise le ho ekha mobu oa hae?+ 25 Ha a se a batalalitse bokaholimo ba oona, na joale ha a hasanye kumine e ntšo ’me a jale kumine,+ ’me na ha a kenye koro, nyalothe,+ le harese sebakeng se behiloeng,+ le maili+ e le moeli oa hae?+ 26 Motho o mo khalemela+ ho ea ka se nepahetseng. Molimo oa hae oa mo rupela.+ 27 Etsoe kumine e ntšo ha e hatakeloe ka sepolo;+ ’me ha ho bilikisoe lebili la koloi holim ’a kumine. Etsoe hangata kumine e ntšo e poloa ka molamu,+ le kumine ka lere. 28 Na hangata lijo-thollo lia silakanngoa? Etsoe le ka mohla motho ha a li hatakele+ a sa khaotse.+ O tsamaisa lebili la koloi ea hae, le lipere tsa hae tsa ntoa, empa a ke ke a li silakanya.+ 29 Sena le sona ke se tsoileng ho Jehova oa mabotho,+ ea hlollang morerong oa hae, ea entseng ho hoholo mosebetsing o atlehileng.+

29 “Ho malimabe Ariele,+ Ariele, motse oo Davida a hlommeng litente ho oona!+ Eketsang selemo ho selemo; mekete+ e ke e tsoele pele ka tlhahlamano. 2 Ke lokela ho thatafaletsa+ Ariele lintho, ’me ho tla ba le ho siama le sello,+ ’me ho ’na e tla tšoana le leifo la aletare ea Molimo.+ 3 Ke tla hloma liahelo ka mahlakoreng ’ohle khahlanong le uena, ke tla u thibella ka lekhoakhoa la lithupa tse nchocho ’me ke emise lintho tse thibellang khahlanong le uena.+ 4 U tla kokobela hoo u tla bua u le fatše, ’me lipolelo tsa hao li tla utloahalla tlaase joalokaha eka li tsoa lerōleng.+ Lentsoe la hao le tla tsoa fatše joaloka la ea buisanang le meea, ’me lipolelo tsa hao li tla utloahala joaloka sello sa nonyana li tsoa lerōleng.+ 5 Bongata ba basele bo tla tšoana le phofo e thumisehileng,+ ’me bongata ba bahatelli+ bo tšoane le ’mōkō o fetang.+ Ho tla etsahala hang-hang, ka tšohanyetso.+ 6 U tla eloa hloko ke Jehova oa mabotho ka sealuma le tšisinyeho le molumo o moholo, moea oa sefefo le sefefo se matla, le lelakabe la mollo o timetsang.”+

7 Ho tla etsahala joaloka torong, ponong ea bosiu, mabapi le bongata ba lichaba tsohle tse loantšang Ariele,+ tsohle tse e loantšang, le litora tse thibellang khahlanong le eona le ba e thatafaletsang lintho.+ 8 E, ho joalokaha motho ea lapileng a lora a ja, ebe o tsoha moea oa hae o lapile;+ joalokaha motho ea nyoriloeng a lora a noa, ebe o tsoha a khathetse ’me moea oa hae o nyoriloe; ho tla etsahala joalo ho bongata ba lichaba tsohle tse loantšang Thaba ea Sione.+

9 Liehang, ’me le makale;+ iphoufatseng, ’me le foufale.+ Ba tahiloe,+ empa eseng ke veine; baa therekela, empa eseng ka lebaka la joala bo tahang.+

10 Etsoe Jehova o le tšetse moea oa boroko bo tebileng;+ o koala mahlo a lōna, baprofeta,+ ’me o koahetse lihlooho tsa lōna,+ ba bonang lipono.+ 11 Ho lōna pono ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tšoana le mantsoe a buka e tiisitsoeng,+ eo ba e fang motho ea tsebang mongolo oo, ba re: “Ka kōpo, balla sena holimo,” ebe o re: “Ha ke khone, kaha se tiisitsoe”;+ 12 ebe buka eo e fuoa e mong ea sa tsebeng mongolo oo, ho thoe: “Ka kōpo, balla sena holimo,” ebe o re: “Ho hang ha ke tsebe mongolo ona.”

13 Jehova a re: “Ka lebaka la hore batho bana ba atametse ka melomo ea bona, ’me ba ntlotlisitse ka melomo ea bona feela,+ ’me ba suthiselitse lipelo tsa bona hōle le ’na,+ ’me tšabo ea bona ho ’na e fetohile taelo ea batho e rutoang,+ 14 ka hona ke ’na enoa, Ea tla boela a sebetsane le sechaba sena ka ho hlollang,+ ka mokhoa o hlollang le ka ho hong ho hlollang; bohlale ba banna ba bona ba bohlale bo tla timela, ’me kutloisiso ea banna ba bona ba masene e tla ipata.”+

15 Ho malimabe ba tebelang tlaase bakeng sa ho patela Jehova morero,+ le bao liketso tsa bona li etsahetseng sebakeng+ se lefifi, ha ba ntse ba re: “Ke mang ea re bonang, ’me ke mang ea tsebang ka rōna?”+ 16 Le khelohile hakaakang! Na sebōpi se ka lekanngoa le letsopa?+ Etsoe na ntho e entsoeng e ka re ho moetsi oa eona: “Ha kea etsoa ke eena”?+ Na ntho e entsoeng e ka re ho moetsi oa eona: “Ha aa ka a bontša kutloisiso”?+

17 Na ha hoa sala nakoana e seng kae feela hore Lebanone e fetoloe serapa sa lifate tsa litholoana+ ’me serapa sa lifate tsa litholoana se lekanngoe le moru?+ 18 Ka sebele letsatsing leo ba sa utloeng litsebeng ba tla utloa mantsoe a buka,+ ’me botšong le lefifing mahlo a lifofu a tla bona.+ 19 Ka sebele ba bonolo+ ba tla eketsa thabo ea bona ho Jehova, esita le mafutsana molokong oa batho a tla ithabela ho Mohalaleli oa Iseraele,+ 20 kahobane mohatelli o tla fela,+ ’me moithorisi o tla fela+ le bohle ba lulang ba falimehetse ho ntša kotsi+ ba tla felisoa, 21 ba etsang hore motho a etse sebe ka lentsoe la hae,+ le ba chehang ea khalemelang hekeng,+ le ba sutumelletsang ea lokileng ka thōko ka mabaka a sa utloahaleng.+

22 Ka hona sena ke seo Jehova a se boleletseng ntlo ea Jakobo, eena ea lopolotseng Abrahama:+ “Joale Jakobo a ke ke a hlajoa ke lihlong, leha e le hore joale sefahleho sa hae se tla pulufala;+ 23 etsoe ha a bona bana ba hae, mosebetsi oa matsoho a ka, ho eena,+ ba tla halaletsa lebitso la ka,+ ’me ka sebele ba tla halaletsa Mohalaleli oa Jakobo,+ ’me ba talime Molimo oa Iseraele ka tšabo e nang le tlhompho.+ 24 Ba fosang meeeng ea bona ba tla tseba kutloisiso, esita le ba honothang ba tla ithuta taeo.”+

30 “Ho malimabe bara ba manganga,”+ ho bolela Jehova, “ba batlang ho phetha morero, empa eseng o tsoang ho ’na;+ le ho tšolla nyehelo e mokelikeli, empa eseng ka moea oa ka, e le hore ba phaelle sebe holim ’a sebe;+ 2 ba theohelang Egepeta+ le ba sa botsang molomong oa ka,+ ho ea itšireletsa qhobosheaneng ea Faro le ho tšabela moriting oa Egepeta!+ 3 Qhobosheane ea Faro ho lōna e tla fetoha lebaka la ho hlajoa ke lihlong,+ ’me setšabelo moriting oa Egepeta e be sesosa sa ho tlotloloha.+ 4 Etsoe likhosana tsa hae li Zooane,+ le baromuoa ba hae ba fihla Hanese. 5 Ka sebele e mong le e mong o tla hlajoa ke lihlong ke batho ba sa tlisetseng motho molemo, ba se nang thuso le ba sa tliseng molemo, empa e le lebaka la ho hlajoa ke lihlong hape le sesosa sa nyeliso.”+

6 Phatlalatso khahlanong le liphoofolo tsa boroa:+ Naheng ea mahlomola+ le maemo a thata, ea tau le lengau le rorang, ea marabe le noha ea mollo e fofang,+ ba belesa maruo a bona mahetleng a liesele tse hōlileng ka ho feletseng, le phepelo ea bona liloteng tsa likamele.+ E tla ba tse se nang molemo bakeng sa batho. 7 Baegepeta ke lefeela-feela, ’me ba ke ke ba thusa ka letho.+ Ka hona ke bitsitse enoa: “Rahaba+—ba loketse ho lula ba khutsitse.”

8 “Joale tloo, e ngole letlapeng ba le teng, ’me u e ngole bukeng,+ hore e tle e sebetse letsatsing le tlang, hore e be bopaki ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ 9 Etsoe ke sechaba se tletseng borabele,+ bara ba se nang ’nete,+ bara ba sa kang ba rata ho utloa molao oa Jehova;+ 10 ba itseng ho ba bonang, ‘Le se ke la bona,’ le ho ba nang le lipono, ‘Le se ke la re bonela lintho leha e le life tse nepahetseng.+ Re bolelleng lintho tse rorisang ho tlōlisa; re boneleng lintho tse thetsang.+ 11 Khelohang tsela; fapohang tsela.+ Felisang Mohalaleli oa Iseraele molemong oa rōna.’”+

12 Ka hona sena ke seo Mohalaleli oa Iseraele a se boletseng: “Ka lebaka la hore le lahlile lentsoe lena,+ ’me kaha le tšepa bolotsana le se mano ’me le itšetleha ka sona,+ 13 ka hona phoso ena e tla le tlela joaloka karolo e khephohileng e seng e tla oela fatše, lekukuno leboteng le phahamiselitsoeng holimo,+ le ka ’nang la oa ka tšohanyetso, hang-hang.+ 14 Ka sebele motho o tla le heletsa joalokaha ho pshatloa nkho e khōlō ea libōpi,+ e silakanngoang ho se ea e qenehelang, hoo ho ke keng ha fumanoa har’a likarolo tsa eona tse silakantsoeng lengeta leo ka lona ho ka bokelloang mollo ifo kapa ha khuoa metsi mokhoabong.”+

15 Etsoe sena ke seo ’Musi Morena Jehova, Mohalaleli oa Iseraele,+ a se boletseng: “Ka hore le khutle ’me le phomole le tla pholosoa. Matla a lōna e tla ba ho lula le sa khathatseha ’me le e-na le tšepo.”+ Empa le ne le sa rate.+ 16 Eaba le re: “Che, empa re tla baleha re palame lipere!”+ Ke ka lebaka leo le tlang ho baleha. “Re tla kalla lipere tse lebelo!”+ Ke ka lebaka leo ba le lelekisang ba tlang ho ba lebelo.+ 17 Ba sekete ba tla thothomela ka lebaka la khalemelo e matla ea a le mong;+ ka lebaka la khalemelo e matla ea ba bahlano le tla baleha ho fihlela le setse joaloka palo tlhōrōng ea thaba le joaloka pontšo leralleng.+

18 Ka hona Jehova o tla lebella hore a le bontše mohau,+ ka hona o tla ema hore a le bontše mohau.+ Etsoe Jehova ke Molimo oa kahlolo.+ Ho thaba+ bohle ba mo lebeletseng.+ 19 Ha batho ba leng Sione+ ba lula Jerusalema,+ ho hang u ke ke ua lla.+ Ruri o tla u bontša mohau ha mohoo oa hao o utloahala; hang ha a o utloa o tla u araba.+ 20 Ka sebele Jehova o tla le fa bohobe ka sebōpeho sa mahlomola le metsi ka sebōpeho sa khatello;+ leha ho le joalo Morupeli oa lōna e Moholo ha a sa tla hlola a ipata, ’me mahlo a lōna a tla bona Morupeli oa lōna e Moholo.+ 21 Litsebe tsa lōna li tla utloa lentsoe ka mor’a lōna le reng: “Tsela ke eona ena.+ Tsamaeang ho eona,” esere la ea ka ho le letona kapa la ea ka ho le letšehali.+

22 Le tla silafatsa litšoantšo tsa lōna tse betliloeng tsa silevera+ tse koahetsoeng le seaparo se manameng sa seemahale sa lōna sa khauta+ se entsoeng ka ho qhibilihisoa.+ Le tla li hasanya.+ Joaloka mosali ea ilelang khoeli, le tla re ho sona: “Ke litšila feela!”+ 23 Ka sebele o tla fana ka pula bakeng sa peō ea lōna eo le e jalang mobung,+ le bohobe e le lihlahisoa tsa naha, bo tlang ho nona bo be mafura.+ Letsatsing leo liphoofolo tsa lōna tse ruiloeng li tla fula makhulong a maholo.+ 24 Likhomo le liesele tse hōlileng ka ho feletseng tse lemang naha li tla ja furu e nōkiloeng ka sorele, e olōsitsoeng ka kharafu+ le fereko. 25 Thabeng e ’ngoe le e ’ngoe e phahameng le leralleng le leng le le leng le phahameng ho tla ba le melapo,+ liforo tsa metsi, letsatsing la polao e khōlō ha litora li oa.+ 26 Khanya ea khoeli e tolokileng e tla tšoana le khanya ea letsatsi le khanyang; khanya ea letsatsi le khanyang e tla ba joalo hasupa,+ joaloka khanya ea matsatsi a supileng, letsatsing la ha Jehova a tlamisa ho sithabela+ ha batho ba hae ’me a folisa+ leqeba le lebe le bakiloeng ke chapo ea hae.

27 Bonang! Lebitso la Jehova le tla le tsoa hōle, le tuka ke bohale+ ba hae ’me le na le maru a teteaneng. Ha e le molomo oa hae, o tletse nyatso, ’me leleme la hae le tšoana le mollo o timetsang.+ 28 Moea oa hae o tšoana le molapo o phoroselang o fihlang molaleng,+ hore a hlokohle lichaba ka sefe+ e se nang thuso; ’me tōmo+ e etsang hore motho a lelere e tla ba mohlahareng oa lichaba.+ 29 Le tla ba le pina+ e kang ea bosiung ba ha motho a ikhalaletsa bakeng sa mokete,+ le ho thaba ha pelo ho kang ha ea tsamaeang a e-na le lekolilo+ hore a kene thabeng ea Jehova,+ ho Lefika la Iseraele.+

30 Ka sebele Jehova o tla etsa hore ho hlompheha ha lentsoe+ la hae ho utluoe ’me o tla etsa hore ho theoha ha letsoho la hae ho bonoe,+ ka bohale+ bo matla le lelakabe la mollo o timetsang+ le moroallo le pula e nang ka sefefo+ le majoe a sefako.+ 31 Etsoe Assyria e tla tšosoa ke lentsoe la Jehova;+ o tla e otla ka lere.+ 32 Ho tsokotseha ho hong le ho hong ha molamu oa hae oa chapo hoo Jehova a tla etsa hore ho be holim ’a Assyria ka sebele ho tla etsoa ka meropa e menyenyane le ka liharepa;+ ’me o tla ba loantša ka lintoa tseo ho tsona ho tsokoang lihlomo.+ 33 Etsoe Tofethe+ ea hae e behiloe ka tlhophiso ho tloha nakong e sa tsoa feta; hape e lokiselitsoe morena.+ O tebisitse qubu ea eona. Mollo le patsi li ngata. Phefumoloho ea Jehova, joaloka molapo o phoroselang oa sebabole, e tuka khahlanong le eona.+

31 Ho malimabe ba theohelang Egepeta ho batla thuso,+ ba itšetlehang ka lipere,+ le ba tšepang likoloi tsa ntoa,+ kahobane li le ngata, le lipere tsa ntoa, kahobane li le matla haholo, empa ba sa talima ho Mohalaleli oa Iseraele ’me ba sa batla Jehova.+ 2 O boetse o bohlale+ ’me o tla tlisa tlokotsi,+ ’me ha aa hula mantsoe a hae;+ ka sebele o tla tsohela ntlo ea baetsi ba bobe matla+ le thuso e etsoang ke ba tloaetseng ho etsa se kotsi.+

3 Leha ho le joalo, Baegepeta ke batho ba lefatše,+ hase Molimo; le lipere tsa bona ke nama,+ hase moea. Jehova o tla otlolla letsoho la hae, ’me ea fanang ka thuso o tla khoptjoa, le ea thusoang o tla oa,+ ’me ka nako e tšoanang kaofela ha bona ba tla fela.

4 Etsoe sena ke seo Jehova a mpoleletseng sona: “Feela joalokaha tau e rora, hammoho le taoana e moetse,+ ka lebaka la phofu ea eona, ha e bitselitsoe palo e feletseng ea balisa, ’me ho sa tsotellehe mantsoe a bona e sa tšohe ’me ho sa tsotellehe moferefere oa bona e sa iname; ka tsela e tšoanang Jehova oa mabotho o tla theoha ho tla loanela Thaba ea Sione le leralla la eona.+ 5 Joaloka linonyana tse fofang, ka tsela e tšoanang Jehova oa mabotho o tla sireletsa Jerusalema.+ A e sireletsa, ka sebele o tla boela a e lopolle.+ A e qenehela, o tla boela a e etse hore e phonyohe.”

6 “Khutlelang+ ho Eo bara ba Iseraele ba mo fetohetseng ka ho tebileng.+ 7 Etsoe ka letsatsi leo e mong le e mong o tla lahla melimo ea hae ea silevera e se nang thuso le melimo ea hae ea khauta e se nang thuso,+ eo matsoho a lōna a le etselitseng eona e le sebe.+ 8 Moassyria o tla lihuoa ka sabole, eseng ea motho; sabole, eseng ea motho oa lefatše, e tla mo timetsa.+ O tla baleha ka lebaka la sabole, ’me bahlankana ba hae ba tla etsa mosebetsi o qobelloang. 9 Lefika la hae le tla feta ka lebaka la tšabo e fetisisang, ’me likhosana tsa hae li tšohe ka lebaka la pontšo,”+ ho bolela Jehova, eo khanya ea hae e leng Sione le eo sebōpi+ sa hae se leng Jerusalema.

32 Bonang! Morena+ o tla busa ka ho loka;+ ha e le likhosana,+ li tla busa e le likhosana ka toka. 2 E ’ngoe le e ’ngoe e tla ba sebaka sa ho ipatela moea le sebaka sa ho ipatela pula e nang ka sefefo,+ joaloka melapo ea metsi naheng e se nang metsi,+ joaloka moriti oa lefika le leholo naheng e phophothehileng.+

3 Mahlo a ba bonang a ke ke a koaleha, le litsebe tsa ba utloang li tla ela hloko.+ 4 Lipelo tsa ba potlakang ho tlōla li tla ela tsebo hloko,+ esita le maleme a ba kokotletsang a tla potlakela ho bua lintho tse hlakileng.+ 5 Ea se nang kelello ha ho sa tla hlola ho thoe o fana ka seatla se bulehileng; ha e le motho ea hlokang boitšoaro, ho ke ke ha thoe oa hlompheha;+ 6 kahobane ea se nang kelello o tla bua tsa ho se be le kelello feela,+ ’me pelo ea hae e tla sebetsa se kotsi,+ ho sebetsa bokoenehi+ le ho bua se khelohileng khahlanong le Jehova, ho etsa hore moea oa ea lapileng o lape,+ ’me o etsa hore le ea nyoriloeng a hloke se nooang. 7 Ha e le motho ea hlokang boitšoaro, likofuto tsa hae li mpe;+ o fane ka keletso bakeng sa liketso tsa boitšoaro bo hlephileng,+ ho timetsa ba hlorileng ka lipolelo tsa bohata,+ esita le ha mofutsana a bua se nepahetseng.

8 Ha e le ea fanang ka seatla se bulehileng, o fane ka keletso bakeng sa lintho tse fanoeng ka seatla se bulehileng; ’me o tla emela lintho tse fanoeng ka seatla se bulehileng.+

9 “Lōna basali ba lutseng ka boiketlo, emang, mamelang lentsoe la ka!+ Lōna barali ba sa tsotelleng, mamelang polelo ea ka! 10 Pele ho fela selemo le matsatsi a seng makae lōna ba sa tsotelleng le tla ferekana,+ kahobane kotulo ea morara e tla be e felile empa kotulo ea litholoana e ke ke ea fihla.+ 11 Thothomelang, lōna basali ba lutseng ka boiketlo! Ferekanang, lōna ba sa tsotelleng! Hlobolang ’me le be feela, ’me le itlame matheka ka lesela la mokotla.+ 12 Ikotleng lifuba ka lebaka la ho llela+ masimo a lakatsehang,+ ka lebaka la ho llela sefate sa morara se behang litholoana. 13 Naheng ea batho ba ka ho hlaha meutloa feela, lihlahla tse nang le metsu e hlabang,+ etsoe ba holim ’a matlo ’ohle a thabo e khaphatsehang, e, motse o nyakaletseng haholo.+ 14 Etsoe tora ea bolulo e furaletsoe,+ pherekano ea motse e tlohetsoe; Ofele+ le tora ea ho lebela li fetohile linaha tse se nang letho, li fetohile thabo e khaphatsehang ea liqoaha ho isa nakong e sa lekanyetsoang, lekhulo la mehlape; 15 ho fihlela moea o tšolleloa ho rōna ho tsoa holimo,+ ’me lefeella le fetohile serapa sa lifate tsa litholoana, le serapa sa lifate tsa litholoana se nkoa e le moru oa sebele.+

16 “Ka sebele toka e tla lula lefeelleng, ’me ho loka ho lule serapeng sa lifate tsa litholoana.+ 17 Mosebetsi oa ho loka ha ’nete e tla ba khotso;+ ’me tšebeletso ea ho loka ha ’nete, e be khutso le tšireletseho ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ 18 Sechaba sa ka se tla lula sebakeng sa bolulo sa khotso le bolulong bo tletseng kholiseho e feletseng le libakeng tsa bolulo tseo ho seng khathatso ho tsona.+ 19 Ka sebele sefako se tla na ha moru o fela+ ’me motse o kokobela boemong bo kokobelitsoeng.+

20 “Ho thaba lōna ba jalang peō haufi le metsi ’ohle,+ ba romelang maoto a pholo le a esele.”+

33 Ho malimabe uena ea tlatlapang, empa u sa tlatlapuoe, le uena ea sebetsang ka bolotsana, empa ho se ba u sebetsang ka bolotsana!+ Hang ha u qeta ho ba motlatlapi, u tla tlatlapuoa.+ Hang ha u qeta ho sebetsa ka bolotsana, ba tla u sebetsa ka bolotsana.+

2 Jehova, re bontše mohau.+ Re u tšepile.+ E-ba letsoho+ la rōna hoseng ho hong le ho hong,+ e, poloko ea rōna nakong ea mahlomola.+ 3 Batho ba balehile ha ho utloahala molumo oa morusu.+ Lichaba li qhalakantsoe ha u tsoha.+ 4 Thepa ea lōna e hapuoeng+ e tla bokelloa joalokaha maphele a bokana, joaloka sehlopha sa litsie se futuhelang se seng.+ 5 Ka sebele Jehova o tla behoa phahameng,+ etsoe o lula phahameng.+ O tla tlatsa Sione ka toka le ho loka.+ 6 Ho tšepahala ha linako tsa hao e tla ba leruo la poloko+—bohlale le tsebo,+ ho tšaba Jehova,+ e leng letlotlo la hae.

7 Bonang! Bahale ba bona ba hoelelitse seterateng; manģosa a khotso+ a tla lla habohloko. 8 Litsela tse khōlō li entsoe lesupi;+ ea fetang ka tsela o khaolitse.+ O tlōtse selekane;+ o eisitse metse;+ ha aa ela hloko motho ea shoang.+ 9 Naha e siame, e omeletse.+ Lebanone e soabile;+ e tsekolohile. Sharone+ e joaloka thota ea lehoatata; Bashane le Karmele li hlohlora makhasi a tsona.+

10 “Joale ke tla ema,”+ ho bolela Jehova, “joale ke tla iphahamisa;+ joale ke tla phahama.+ 11 Le emotse joang bo omileng;+ le tla tsoala litlhaka. Moea oa lōna, joaloka mollo,+ o tla le qeta.+ 12 Lichaba li tla tšoana le kalaka e chesitsoeng. Joaloka meutloa e remiloeng, li tla chesoa ka mollo.+ 13 Lōna batho ba hōle haholo, utloang seo ke tla se etsa!+ Lōna ba haufi, le tsebe matla a ka.+ 14 Sione baetsalibe ba tšohile;+ ho thothomela ho tšoere bakoenehi:+ ‘Ke mang ho rōna ea ka lulang ka nako leha e le efe mollong o timetsang?+ Ke mang ho rōna ea ka lulang ka nako leha e le efe khanareng e tšoarellang halelele?’+

15 “Ho na le ea tsamaeang ka ho loka+ ho tsoelang pele le ea buang se lokileng,+ ea hanang phaello ea ho hloka toka e tsoang ho ba bolotsana,+ ea hlohlorang matsoho hore a se ke a nka tjotjo,+ ea ithibang litsebe hore li se ke tsa mamela tšollo ea mali, le ea ikoalang mahlo hore a se ke a bona se sebe.+ 16 Ke eena ea tla lula phahameng;+ sebaka sa hae se phahameng sa tšireletso e tla ba libaka tse mafika tseo ho leng thata ho li atamela.+ Ka sebele o tla fuoa bohobe ba hae;+ phepelo ea hae ea metsi e ke ke ea fela.”+

17 Mahlo a hao a tla bona morena botleng ba hae;+ a tla bona naha e hōle.+ 18 Pelo ea hao e tla bua ka lentsoe le tlaase+ ka ntho e tšosang: “Mongoli o hokae? Ea lefang o hokae?+ Ea balang litora o hokae?”+ 19 U ke ke ua bona batho ba nyelisang, batho ba puo e tebileng hoo u ke keng ua e mamela, ba leleme le kokotletsang hoo u sa utloisiseng.+ 20 Bonang Sione,+ motse oa liketsahalo tsa rōna tsa mokete!+ Mahlo a hao a tla bona Jerusalema e le sebaka sa bolulo se se nang khathatso, tente eo ho seng ea tla e phutha.+ Ha ho mohla lithakhisa tsa eona tsa tente li tla motsuloa, ’me ha ho thapo le e ’ngoe ea eona e tla khaoloa likoto tse peli.+ 21 Empa teng Ea Hlomphehang,+ Jehova, ho rōna e tla ba sebaka sa linōka,+ sa litselana tse pharaletseng tsa metsi. Ha ho sehlopha sa likepe tse tsamaisoang ka masokoana se tlang ho tsamaea teng, ’me ha ho sekepe se seholo se tla feta teng. 22 Etsoe Jehova ke Moahloli+ oa rōna, Jehova ke Mofani oa rōna oa taelo e hlomamisitsoeng,+ Jehova ke Morena+ oa rōna; o tla re pholosa.+

23 Liropo tsa hao li tla leketla; lipalo tsa tsona tse tšehetsang seile ea sekepe li ke ke tsa tšoarella ka tieo; ha baa ala seile.

Ka nako eo esita le thepa e ngata e hapuoeng e tla aroloa; ba holofetseng ba tla tlatlapa thepa e ngata.+ 24 Ha ho moahi ea tla re: “Kea kula.”+ Batho ba lulang naheng eo e tla ba ba tšoaretsoeng liphoso tsa bona.+

34 Atamelang, lōna lichaba, hore le utloe;+ lōna lihlopha+ tsa lichaba, elang hloko. Lefatše le se tletseng ho lona le mamele,+ naha e behang+ le lihlahisoa tsohle tsa eona.+ 2 Etsoe Jehova o halefetse lichaba tsohle,+ ’me o halefetse mabotho ’ohle a tsona.+ O tla li nehela timetso; o tla li nehela polao.+ 3 Ba bolailoeng ho tsona ba tla ntšetsoa ka ntle; ha e le litopo tsa bona, monko oa tsona o mobe o tla nyoloha;+ ’me lithaba li tla qhibiliha ka lebaka la mali a tsona.+ 4 Bohle ba lebotho la maholimo ba tla bola.+ Maholimo a tla phuthoa,+ joaloka moqolo oa buka; ’me lebotho la ’ona le tla pona, joalokaha makhasi a pona sefateng sa morara le joaloka feiga e ponneng sefateng sa feiga.+

5 “Etsoe ka sebele sabole+ ea ka e tla kolobisoa maholimong. Bonang! E tla theohela Edomo,+ le ho batho bao ke ba nehetseng timetso+ ka toka. 6 Jehova o na le sabole; e tla tlala mali;+ e tla tšasoa mafura, mali a lipheleu tse nyenyane le a liphooko, mafura+ a liphio tsa lipheleu. Etsoe Jehova o na le sehlabelo Bozra, le tlhabo e khōlō naheng ea Edomo.+ 7 Lipoho+ tse hlaha li tla theoha le bona, le lipohoana hammoho le ba matla;+ naha ea bona e tla kolobisoa ka mali, lerōle la bona le tšasoe mafura.”+

8 Etsoe Jehova o na le letsatsi la phetetso,+ selemo sa litefetso bakeng sa nyeoe ea Sione.+

9 Melapo ea eona e phoroselang e tla fetoha sekontiri se metsi, lerōle la eona le fetohe sebabole; naha ea eona e tla ba sekontiri se metsi se tukang.+ 10 E ke ke ea tima bosiu kapa motšehare; mosi oa eona o tla nyoloha ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ E tla omella ho tloha molokong o mong ho ea ho o mong;+ ho ke ke ha e-ba le ea fetang ho eona ka ho sa feleng le kamehla.+ 11 Letata le jang litlhapi le nōkō li tla lula ho eona, ’me bo-makhohlo le makhoaba a tla lula ho eona;+ o tla otlolla khoele+ ea ho lekanya ea lefeela le majoe a lesupi holim ’a eona. 12 Bahlomphehi ba eona—ha ho ba ka bitsetsoang boreneng, ’me likhosana tsohle tsa eona li tla fetoha lefeela.+ 13 Meutloa e tla hlaha litoreng tsa eona tsa bolulo, bobatsi le litlama-tlama tse meutloa li hlahe libakeng tsa eona tse etselitsoeng liqhobosheane;+ ’me e tla fetoha sebaka sa bolulo sa liphokojoe,+ lebala la limpshe.+ 14 Baahi ba libaka tse se nang metsi ba tla teana le liphoofolo tse llang, esita le modemona+ ea nang le sebōpeho sa pōli o tla bitsa motsoalle oa hae. E, ka sebele semanama se tla lula ka boiketlo ’me se iphumanele sebaka sa phomolo moo.+ 15 Noha e tlōlang e entse selao sa eona ’me e behela mahe teng, ’me e tla a qhotsa e a bokelle tlas’a moriti oa eona. E, liitlhoaeleli+ li tla bokellana teng, se seng le se seng le molekane oa sona.

16 Batlisisang bukeng+ ea Jehova ’me le balle holimo: ha ho le e ’ngoe e haellang ho tsona;+ ha ho le e ’ngoe e hlōlehang ho ba le molekane oa eona, etsoe ke molomo oa Jehova o faneng ka taelo,+ ’me ke moea oa hae o li bokeletseng.+ 17 Ke Eena ea lahlileng lotho bakeng sa tsona, ’me letsoho la hae le li khethetse sebaka ka khoele ea ho lekanya.+ Li tla se rua ho isa nakong e sa lekanyetsoang; li tla lula ho sona ho tloha molokong o mong ka mor’a o mong.

35 Lefeella le sebaka se se nang metsi li tla thaba,+ le thota ea lehoatata e tla thaba ’me e thunye joaloka safrone.+ 2 Ruri e tla thunya,+ ’me ka sebele e tla thaba ka nyakallo le ka mohoo oa nyakallo.+ E tla fuoa khanya ea Lebanone,+ botle ba Karmele+ le ba Sharone.+ Ho tla ba le ba tlil’o bona khanya ea Jehova,+ botle ba Molimo oa rōna.+

3 Matlafatsang matsoho a fokolang, ’me le tiise mangole a tetemang.+ 4 E-reng ho ba lipelo li tšoenyehileng:+ “E-bang matla.+ Le se ke la tšoha.+ Bonang! Molimo oa lōna o tla tla ka phetetso,+ Molimo a tle ka puseletso.+ O tla tla ’me a le pholose.”+

5 Ka nako eo mahlo a lifofu a tla tutuboloha,+ ’me litsebe tsa ba sa utloeng litsebeng li tla buleha.+ 6 Ka nako eo ea holofetseng o tla tlōla joalokaha khama e tona e tlōla,+ ’me leleme la ea sa khoneng ho bua le tla hooa ka nyakallo.+ Etsoe metsi a tla tšikhunya lefeelleng, le melapo e phoroselang e tšikhunye thoteng ea lehoatata. 7 Sebaka se bataotsoeng ke mocheso se tla tšoana le letamo le nang le lehlaka, ’me mobu o nyoriloeng o tšoane le liliba tsa metsi.+ Sebakeng sa bolulo sa liphokojoe,+ sebakeng sa tsona sa phomolo, ho tla ba le joang bo botala bo nang le lehlaka le limela tsa loli.+

8 Ka sebele ho tla ba le tsela e khōlō+ moo, tsela ka boeona; e tla bitsoa Tsela ea Khalalelo.+ Ea sa hloekang a ke ke a feta ho eona.+ E tla ba bakeng sa ea tsamaeang tseleng, ’me ha ho maoatla a tla lelera ho eona. 9 Ho ke ke ha e-ba le tau moo, ’me mofuta o meharo oa libata o ke ke oa tsamaea ho eona.+ Li ke ke tsa fumanoa teng;+ ’me ho tla tsamaea ba rekolotsoeng.+ 10 Ba lopolotsoeng ke Jehova ba tla khutla+ ’me ka sebele ba tle Sione ka mohoo oa thabo;+ thabo ho isa nakong e sa lekanyetsoang e tla ba lihloohong tsa bona.+ Ba tla fihlela thabo e khaphatsehang le nyakallo, mesarelo le ho feheloa li tla baleha.+

36 Eitse ka selemo sa leshome le metso e mene sa Morena Ezekiase Sankeribe+ morena oa Assyria+ a futuhela metse eohle e etselitsoeng liqhobosheane ea Juda ’me a e hapa.+ 2 Qetellong morena oa Assyria o romela Rabshake+ ho tsoa Lakishe+ hore a ee Jerusalema,+ ho Morena Ezekiase, ka lebotho le leholo la sesole, eaba o ema haufi le kotopo+ ea letamo+ le ka holimo tseleng e khōlō ea tšimo ea mohlatsoi.+ 3 Joale Eliakime+ mora oa Hilkia, ea neng a hlokometse lelapa, a tsoela ho eena, le mongoli Shebna+ le Jooa+ mora oa motlalehi+ Asafe.+

4 Ka lebaka leo Rabshake a re ho bona: “Ka kōpo, e-reng ho Ezekiase, ‘Sena ke seo morena e moholo,+ morena oa Assyria,+ a se boletseng: “U tšepile’ng?+ 5 U itse (empa ke polelo ea molomo), ‘Ho na le keletso le matla bakeng sa ntoa.’+ Joale u tšepile mang, hoo u mphetohetseng?+ 6 Bona! U tšepile hore u tla itšetleha ka lehlaka+ lena le tletleraneng, Egepeta,+ leo, haeba motho a ka ikokotlela ka lona, ka sebele le ka mo hlabang seatla ’me le se phunye. Ke tsela eo Faro+ morena oa Egepeta a leng ka eona ho bohle ba mo tšepang.+ 7 Haeba le ka re ho ’na, ‘Re tšepile Jehova Molimo oa rōna,’ na hase eena eo Ezekiase a tlositseng+ libaka tsa hae tse phahameng+ le lialetare tsa hae, ha a ntse a re ho Juda le Jerusalema, ‘Le lokela ho inama ka pel’a aletare ena’?”’+ 8 Joale he, ka kōpo, fana ka tebeletso+ ho khosi ea ka morena oa Assyria,+ ’me ke u fe lipere tse likete tse peli ho bona hore na u khona ho beha bapalami holim ’a tsona.+ 9 Joale, ke joang u neng u ka furallisa sefahleho sa ’musi a le mong oa bahlanka ba banyenyane ka ho fetisisa ba moren ’a ka,+ ha u tšepile Egepeta bakeng sa likoloi le banna ba lipere?+ 10 Na joale ke futuhetse sebaka see ho se felisa ntle ho tumello ea Jehova? Jehova o itse ho ’na,+ ‘Futuhela naha ena, ’me u e felise.’”+

11 Eaba Eliakime+ le Shebna+ le Jooa+ ba re ho Rabshake:+ “Ka kōpo, bua le bahlanka ba hao ka puo+ ea Sesyria, etsoe re mametse; ’me u se ke ua bua le rōna ka puo+ ea Bajuda moo batho ba lerakong ba ntseng ba utloa.”+ 12 Empa Rabshake a re: “Na moren ’a ka o nthometse ho bolella lōna le morena oa lōna mantsoe aa? Na hase ho banna ba lutseng holim ’a lerako, e le hore ba ka ja mantle a bona le ho noa moroto oa bona hammoho le lōna?”+

13 Rabshake a tsoela pele ho ema+ le ho hoeletsa ka lentsoe le phahameng ka puo ea Bajuda,+ ’me a tsoela pele ho re: “Utloang mantsoe a morena e moholo, morena oa Assyria.+ 14 Sena ke seo morena a se boletseng, ‘Le se ke la lumella Ezekiase ho le thetsa,+ etsoe ha a khone ho le lopolla.+ 15 Le se ke la lumella Ezekiase ho etsa hore le tšepe Jehova,+ a re: “Ruri Jehova o tla re lopolla.+ Ho ke ke ha nehelanoa ka motse ona letsohong la morena oa Assyria.”+ 16 Le se ke la mamela Ezekiase, kaha sena ke seo morena oa Assyria a se boletseng: “Ineheleng ho ’na+ le tsoele ho ’na ’me e mong le e mong a je tsa sefate sa hae sa morara ’me e mong le e mong a je tsa sefate+ sa hae sa feiga ’me e mong le e mong a noe metsi a seliba sa hae,+ 17 ho fihlela ke tla ’me ke le isa naheng e tšoanang le naha ea lōna,+ naha ea lijo-thollo le veine e ncha, naha ea bohobe le lirapa tsa morara; 18 e le hore Ezekiase a se ke a le hoka-hoka+ ka ho re, ‘Jehova o tla re lopolla.’ Na melimo ea lichaba e lopolotse e mong le e mong naha ea hae letsohong la morena oa Assyria?+ 19 Melimo ea Hamathe+ le Arpade e hokae?+ Melimo ea Sefarvaime e hokae?+ Na e lopolotse Samaria letsohong la ka?+ 20 Ke bo-mang har’a melimo eohle ea linaha tsee ba lopolotseng naha ea bona letsohong la ka+ hoo Jehova a ka lopollang Jerusalema letsohong la ka?”’”+

21 Ba khutsa ’me ha baa ka ba mo araba ka lentsoe,+ etsoe taelo ea morena e ne e re: “Le se ke la mo araba.”+ 22 Empa Eliakime+ mora oa Hilkia, ea neng a hlokometse lelapa,+ le mongoli Shebna+ le Jooa+ mora oa motlalehi Asafe ba tla ho Ezekiase liaparo tsa bona li hahotsoe,+ ’me ba mo bolella mantsoe a Rabshake.+

37 Eitse hang ha Morena Ezekiase a utloa, kapele-pele a hahola liaparo tsa hae ’me a ikoahela ka lesela la mokotla+ eaba o kena ka tlung ea Jehova.+ 2 Ho ekelletsa moo, a romela Eliakime,+ ea neng a hlokometse lelapa, le mongoli+ Shebna le banna ba baholo ba baprista+ ba ikoahetse ka lesela la mokotla ho moprofeta Esaia+ mora oa Amoze.+ 3 Ba re ho eena: “Sena ke seo Ezekiase a se boletseng, ‘Letsatsi lena ke letsatsi la mahlomola+ le la khalemelo e matla le la nyeliso e nyefolang,+ etsoe bara ba fihlile molomong oa pōpelo, ’me ha ho na matla a ho beleha.+ 4 Mohlomong Jehova Molimo oa hao o tla utloa mantsoe a Rabshake,+ eo morena oa Assyria khosi ea hae a mo rometseng ho tla nyelisa+ Molimo ea phelang, ’me o tla mo bitsa hore a ikarabelle bakeng sa mantsoe ao Jehova Molimo oa hao a a utloileng.+ U rapelle+ masala a ka fumanoang.’”+

5 Kahoo bahlanka ba Morena Ezekiase ba fihla ho Esaia.+ 6 Joale Esaia a re ho bona: “Sena ke seo le lokelang ho se bolella morena oa lōna, ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng:+ “U se ke ua tšoha+ ka lebaka la mantsoe ao u a utloileng ao bahlanka+ ba morena oa Assyria ba ’nyefotseng ka ’ona. 7 Bona! ke kenya moea+ ka ho eena, ’me o tla utloa tlaleho+ ’me a khutlele naheng ea hae; ka sebele ke tla etsa hore a oe ka sabole naheng ea hae.”’”+

8 Ka mor’a moo Rabshake+ a khutla eaba o fumana morena oa Assyria a loantša Libna,+ etsoe o ne a utloile hore o ne a tlohile Lakishe.+ 9 Joale a utloa ho thoe mabapi le Tirhaka+ morena oa Ethiopia: “O tlil’o u loantša.” Ha a utloa, hang-hang a romela manģosa+ ho Ezekiase, a re: 10 “Sena ke seo le lokelang ho se bolella Ezekiase morena oa Juda, ‘U se ke ua lumella Molimo oa hao eo u mo tšepileng hore a u thetse,+ a re: “Ho ke ke ha nehelanoa ka Jerusalema letsohong la morena oa Assyria.”+ 11 Bona! U utloile seo marena a Assyria a se entseng linaheng tsohle ka ho li nehela timetso,+ ’me na u tla lopolloa?+ 12 Na melimo+ ea lichaba tseo baholo-holo ba ka ba li felisitseng e ile ea li lopolla,+ esita le Gozane+ le Harane+ le Rezefe le bara ba Edene+ ba neng ba le Tel-asare? 13 O hokae morena oa Hamathe+ le morena oa Arpade+ le morena oa motse oa Sefarvaime+—oa Hena le oa Iva?’”+

14 Joale Ezekiase a nka lengolo matsohong a manģosa ’me a le bala,+ ka mor’a moo Ezekiase a nyolohela ntlong ea Jehova ’me a le phutholla ka pel’a Jehova.+ 15 Ezekiase a qala ho rapela Jehova,+ a re: 16 “Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele,+ ea lutseng holim ’a likerubime, uena u le mong u Molimo oa ’nete oa mebuso eohle ea lefatše.+ U entse maholimo le lefatše.+ 17 Sekeha tsebe, Jehova, ’me u utloe.+ Tutubolla mahlo,+ Jehova, ’me u bone, u utloe mantsoe ’ohle a Sankeribe+ ao a a rometseng ho tla nyelisa Molimo ea phelang.+ 18 Ke ’nete, Jehova, hore marena a Assyria a ripitlile linaha tsohle, le naha ea ’ona.+ 19 Melimo ea tsona e chesitsoe ka mollo,+ hobane e ne e se melimo,+ empa e ne e le mosebetsi oa matsoho a motho,+ lehong le lejoe, hoo a ileng a e timetsa.+ 20 Joale, Jehova Molimo oa rōna,+ re pholose letsohong la hae,+ e le hore mebuso eohle ea lefatše e ka tseba hore uena, Jehova, u [Molimo] u le mong.”+

21 Esaia mora oa Amoze a romeletsa ho Ezekiase, a re: “Sena ke seo Jehova Molimo oa Iseraele a se boletseng, ‘Kahobane u nthapetse malebana le Sankeribe morena oa Assyria,+ 22 lena ke lentsoe leo Jehova a le buileng khahlanong le eena:

“Morali oa Sione oa moroetsana o u nyelisitse, o u fetotse litšeho.+

Morali oa Jerusalema o sisintse hlooho ka mor’a hao.+

23 Ke mang eo u mo nyelisitseng+ le eo u mo nyefotseng?+

U phahamisitse lentsoe khahlanong le mang+

Le ho phahamisetsa mahlo a hao phahameng?+

Ke khahlanong le Mohalaleli oa Iseraele!+

24 Ka manģosa a hao u nyelisitse Jehova ’me u re,+

‘Ka likoloi tsa ka tsa ntoa tse ngata haholo+—

Ka sebele ke tla nyolohela libakeng tse phahameng tse lithaba,+

Likarolong tse hōle ka ho fetisisa tsa Lebanone;+

Ke tla rema likedare tsa eona tse phahameng, lifate tsa eona tse ntle tsa junipere.+

Ke tla kena bophahamong ba eona ba ho qetela, moru oa eona oa serapa sa lifate tsa litholoana.+

25 Ka sebele ke tla cheka ’me ke noe metsi,

Ke tla pshesa melatsoana eohle ea Nile+ ea Egepeta+ ka mehato ea maoto a ka.’

26 Na ha ua utloa?+ Ho tloha linakong tsa khale ke seo ke tla se etsa.+

Ke ho entse esita le ho tloha matsatsing a fetileng.+ Joale ke tla ho tlisa.+

U tla etsa hore metse e etselitsoeng liqhobosheane e be lesupi joaloka liqubu tsa lithako.+

27 Baahi ba eona ba tla tepella matsoho;+

Ba tla tšoha feela ’me ba hlajoe ke lihlong.+

Ba tla ba joaloka limela tsa naha le joang bo bonolo bo botala,+

Joang ba marulelo+ le ba tšimo bo fefoloang ke moea oa bochabela.+

28 Ke tseba hantle ho lula ha hao u khutsitse le ho tsoa ha hao+ le ho kena ha hao,+

Le ho iphahamisa ha hao khahlanong le ’na,+

29 Hobane ho iphahamisa ha hao khahlanong le ’na+ le ho puruma ha hao ho nyolohetse litsebeng tsa ka.+

Ka sebele ke tla kenya hakisi ea ka ka nkong ea hao le tōmo ea ka pakeng tsa molomo oa hao,+

Ke tla u khutlisetsa morao ka tsela eo u tlileng ka eona.”+

30 “‘Sena e tla ba pontšo bakeng sa hao: Selemong sena ho tla jeoa litlhaku tse qhalaneng,+ ’me ka selemo sa bobeli ho jeoe lijo-thollo tse itemmeng; empa ka selemo sa boraro le jale peō, le kotule, le leme lirapa tsa morara ’me le je litholoana tsa tsona.+ 31 Ba phonyohang ba ntlo ea Juda, ba setseng,+ ka sebele ba tla mela metso ho ea tlaase ’me ba hlahise litholoana ho ea holimo.+ 32 Etsoe masala a tla tsoa Jerusalema+ ’me ba phonyohang ba tsoe Thabeng ea Sione.+ Cheseho ea Jehova oa mabotho e tla etsa sena.+

33 “‘Ka hona sena ke seo Jehova a se boletseng malebana le morena oa Assyria:+ “A ke ke a kena motseng ona,+ leha e le hore a fule motsu moo, kapa a tobane le oona ka thebe, kapa a hahe ’mōtōmōtō o o thibellang.”’+

34 “‘O tla khutla ka tsela eo a tlileng ka eona, ’me a ke ke a kena motseng ona,’ ho bolela Jehova.+ 35 ‘Ka sebele ke tla sireletsa+ motse ona ho o pholosa ka lebaka+ la ka le ka lebaka la mohlanka oa ka Davida.’”+

36 Lengeloi+ la Jehova la tsoa ’me la bolaea ba likete tse lekholo le mashome a robeli a metso e mehlano liahelong tsa Baassyria.+ Ha batho ba tsoha hoseng, kaofela ha bona e ne e le litopo.+ 37 Ka hona Sankeribe+ morena oa Assyria a tsamaea ’me a ikela eaba oa khutla+ o lula Ninive.+ 38 Eitse ha a ntse a iname ntlong ea molimo+ oa hae Nisroke,+ Adrameleke le Sharezere, bara ba hae, ba mo bolaea ka sabole,+ ’me ba balehela naheng ea Ararate.+ Mora oa hae Esare-hadone+ a qala ho busa sebakeng sa hae.

38 Matsatsing ao Ezekiase a kulela lefu.+ Ka lebaka leo moprofeta Esaia+ mora oa Amoze a fihla ho eena ’me a re ho eena: “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Fana ka litaelo ho ba ntlo ea hao,+ etsoe ka sebele u tla shoa ’me u ke ke ua phela.’”+ 2 Eaba Ezekiase o retelletsa sefahleho leboteng+ ’me o qala ho rapela Jehova+ 3 o re: “Ke etsa thapeli ho uena Jehova, ka kōpo, hopola+ kamoo ke tsamaileng+ ka pel’a hao ka ’nete+ le ka pelo e feletseng,+ ’me ke entse se molemo mahlong a hao.” Ezekiase a qala ho lla haholo.+

4 Joale lentsoe+ la Jehova la hlaha ho Esaia, la re: 5 “E-ea, ’me u re ho Ezekiase, ‘Sena ke seo Jehova Molimo oa moholo-holo+ oa hao Davida a se boletseng: “Ke utloile thapelo ea hao.+ Ke bone meokho ea hao.+ Bona! ke eketsa lilemo tse leshome le metso e mehlano matsatsing a hao;+ 6 ke tla lopolla uena le motse ona seatleng sa morena oa Assyria, ’me ke tla sireletsa motse ona.+ 7 Ena ke pontšo bakeng sa hao e tsoang ho Jehova ea hore Jehova o tla phetha lentsoe leo a le buileng:+ 8 Ke etsa hore moriti oa litepisi o neng o theohetse mehatong ea litepisi tsa Akaze letsatsing+ o khutlele morao ka mehato e leshome.”’”+ Butle-butle letsatsi la khutlela morao ka mehato e leshome mehatong ea litepisi eo le neng le theohile ka eona.+

9 Se ngotsoeng ke Ezekiase morena oa Juda, ha a kula+ ’me a hlaphoheloa boloetseng ba hae.+

10 Ke itse: “Ke tla kena lihekeng+ tsa Sheole bohareng ba matsatsi a ka.

Ke tla amohuoa lilemo tsa ka tse setseng.”+

11 Ke itse: “Nke ke ka bona Jah, Jah ka boeena, naheng ea ba phelang.+

Ha ke sa tla hlola ke talima moloko oa batho—ha ke e-na le baahi ba naha ea ho se sebetse.

12 Bolulo ba ka bo ntšitsoe+ ’me bo tlositsoe ho ’na joaloka tente ea balisa.

Ke phuthile bophelo ba ka joaloka ea sebetsang ka foreimi e etsang masela;

Motho o nkhaola+ likhoeleng tse theosang tsa lesela.

U ntse u nehelana ka ’na ho tloha motšehare ho fihlela bosiu.+

13 Ke itšelisitse ho fihlela hoseng.+

Joaloka tau, o ntse a roba masapo a ka;+

U ntse u nehelana ka ’na ho tloha motšehare ho fihlela bosiu.+

14 Joaloka lehaqasi, hlakahlothoana, ke lla joaloka nonyana;+

Ke ntse ke kuruetsa joaloka leeba.+

Mahlo a ka a talimile ka ho tepella phahameng:+

‘Jehova, ke tlas’a khatello. Nkemele hamolemo.’+

15 Ke tla re’ng, hona o tla re’ng ho ’na?+

O boetse o nkile bohato.+

Ke ntse ke tsamaea ke hlokofetse ka lilemo tsohle tsa ka ka moea o utloileng bohloko.+

16 ‘Jehova, ba ntse ba phela ka lebaka leo; ’me joaloka e mong le e mong, le bophelo ba moea oa ka bo joalo.+

U tla mpusetsa bophelong bo botle ’me ka sebele u mpoloke ke phela.+

17 Bonang! Bakeng sa khotso ke bile le se babang, e, se babang;+

U ikamahantse le moea oa ka ’me ua o phemisa sekoti sa tšenyeho.+

Etsoe u lahletse libe tsohle tsa ka ka mor’a hao.+

18 Etsoe hase Sheole e ka u rokang;+ lefu le ke ke la u rorisa.+

Ba theohelang ka sekoting ba ke ke ba talima ka tšepo ’neteng ea hao.+

19 Ea phelang, ea phelang, ke eena ea ka u rokang,+

Feela joalokaha nka etsa letsatsing lena.+

Ntate a ka fa bara ba hae tsebo+ malebana le ’nete ea hao.

20 Jehova, mpholose,+ ’me re tla letsa liletsa tsa ka tse likhoele tse khethiloeng+

Ka matsatsi ’ohle a bophelo ba rōna ka tlung ea Jehova.’”+

21 Esaia a re: “E-re ba nke bohobe ba lifeiga tse omisitsoeng tse khotliloeng ’me ba bo pikitlelle lethopeng,+ e le hore a ka hlaphoheloa.”+ 22 Khabareng, Ezekiase a re: “Pontšo ke efe ea hore ke tla nyolohela ka tlung ea Jehova?”+

39 Ka nako eo Merodake-baladane+ mora oa Baladane morena oa Babylona+ a romela mangolo le mpho+ ho Ezekiase, ka mor’a hore a utloe hore o ne a kula empa o boetse o matla.+ 2 Kahoo Ezekiase a qala ho ba thabela+ le ho ba bontša ntlo ea hae ea matlotlo,+ silevera le khauta le oli ea balsame le oli+ e ntle le pokello eohle ea hae ea lihlomo+ le sohle se neng se ka fumanoa matlotlong a hae. Ha ho letho leo Ezekiase a sa kang a ba bontša lona ka tlung ea hae+ le pusong eohle ea hae.+

3 Ka mor’a moo moprofeta Esaia a kena ho Morena Ezekiase ’me a re ho eena:+ “Banna baa ba itse’ng, ’me ba tlile ho uena ba tsoa hokae?” Kahoo Ezekiase a re: “Ba tlile ho ’na ba tsoa naheng e hōle, Babylona.”+ 4 A tsoela pele ho re: “Ba bone eng ka tlung ea hao?”+ Eaba Ezekiase o re: “Ba bone ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka tlung ea ka. Ha ho letho leo ke sa kang ka ba bontša lona matlotlong a ka.” 5 Joale Esaia a re ho Ezekiase:+ “Utloa lentsoe la Jehova oa mabotho, 6 ‘Bona! Matsatsi aa tla, ’me sohle se ka tlung ea hao le seo baholo-holo ba hao ba se bolokileng ho fihlela letsatsing lena se tla isoa Babylona.’+ ‘Ha ho letho le tla sala,’+ ho boletse Jehova. 7 ‘Ba bang ba bara ba hao ba tlang ho tsoa ho uena, bao u tla ba tsoala, ba tla nkoa+ ’me ba fetohe balaoli+ ba lekhotla ntlong ea ’muso ea morena oa Babylona.’”+

8 Eaba Ezekiase o re ho Esaia: “Lentsoe la Jehova leo u le buileng le molemo.”+ A tsoela pele ho re: “Kahobane khotso le ’nete+ li tla tsoela pele matsatsing a ka.”+

40 “Tšelisang, tšelisang batho ba ka,” ho bolela Molimo oa lōna.+ 2 “Buang le pelo ea Jerusalema+ ’me le e bolelle hore tšebeletso ea eona ea sesole e phethiloe,+ hore phoso ea eona e lefiloe.+ Etsoe e amohetse letsohong la Jehova karolo e feletseng bakeng sa libe tsohle tsa eona.”+

3 Mamelang! E mong oa hoeletsa lefeelleng:+ “Hlekang tsela ea Jehova!+ Otlollang tsela e khōlō ea Molimo oa rōna thoteng ea lehoatata.+ 4 Phula e ’ngoe le e ’ngoe e ke e phahamisoe,+ ’me thaba e ’ngoe le e ’ngoe le leralla li ke li batalatsoe.+ Sebaka se litutulu e be naha e motsitsa, le sebaka se matsaranka e be thota.+ 5 Ka sebele khanya ea Jehova e tla senoloa,+ ’me nama eohle e tla e bona hammoho,+ etsoe molomo oa Jehova o boletse hoo.”+

6 Mamelang! E mong o re: “Hoeletsa!”+ Eaba e mong o re: “Ke hoeletse ke re’ng?”

“Nama eohle ke joang bo botala, ’me mosa oohle oa bona o lerato o joaloka thunthung ea naha.+ 7 Joang bo botala bo omeletse, thunthung e ponne,+ kahobane moea oa Jehova o fokile holim ’a tsona.+ Ka sebele batho ke joang bo botala.+ 8 Joang bo botala bo omeletse, thunthung e ponne;+ empa ha e le lentsoe la Molimo oa rōna, le tla tšoarella ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”+

9 Nyolohela thabeng e phahameng,+ uena mosali ea tlisetsang Sione litaba tse molemo.+ Phahamisa lentsoe la hao ka matla, uena mosali ea tlisetsang Jerusalema litaba tse molemo.+ Le phahamise. U se ke ua tšoha.+ E-re ho metse ea Juda: “Molimo oa lōna ke enoa.”+ 10 Bonang! ’Musi Morena Jehova o tla tla joaloka ea matla, ’me letsoho la hae le tla busa bakeng sa hae.+ Bonang! Moputso oa hae o ho eena,+ ’me moputso oo a o lefang o ka pel’a hae.+ 11 O tla alosa mohlape oa hae joaloka molisa.+ O tla bokella likonyana ka letsoho la hae;+ o tla li beha sefubeng.+ Tse anyesang o tla li tsamaisa ka tlhokomelo.+

12 Ke mang ea lekantseng metsi ka seatla,+ a lekanya boholo ba maholimo ka boahlamo+ ba seatla ’me a akarelletsa lerōle la lefatše tekanyong eo,+ kapa a lekanya lithaba ka kofuto e lekanyang, le maralla ka sekala? 13 Ke mang ea lekantseng boholo ba moea oa Jehova, ’me ke mang eo joaloka moeletsi oa hae a ka mo tsebisang letho?+ 14 O rerisane hammoho le mang e le hore motho a etse hore a utloisise, kapa ke mang ea mo rutang tsela ea toka, kapa ea mo rutang tsebo,+ kapa ea mo tsebisang tsela ea kutloisiso ea sebele?+

15 Bonang! Lichaba li joaloka lerotholi ka nkhong; ’me li lekantsoe joaloka lerōle sekaleng.+ Bonang! O phahamisa lihlekehleke+ joaloka lerōle feela le lesesaane. 16 Esita le Lebanone ha ea lekana bakeng sa ho boloka mollo o tuka, ’me liphoofolo+ tsa eona tse hlaha ha lia lekana bakeng sa nyehelo ea secheso.+ 17 Lichaba tsohle li tšoana le ho hong ho sa pheleng ka pel’a hae;+ o li lekantse joaloka lefeela le ntho eo e seng ea sebele.+

18 Le ka tšoantša Molimo le mang,+ ’me le ka beha sebōpeho sefe haufi le eena?+ 19 Setsebi sa mesebetsi ea matsoho se foromile setšoantšo se entsoeng ka ho qhibilihisoa,+ ’me ea sebetsang ka tšepe o se koahela ka khauta,+ ’me o tea liketane tsa silevera.+ 20 O khetha sefate se itseng e le monehelo, sefate se sa bolang.+ O ipatlela setsebi sa mesebetsi ea matsoho, bakeng sa ho lokisa setšoantšo se betliloeng+ se ke keng sa sisinngoa.+

21 Na ha le tsebe? Na ha le utloe? Na ha lea bolelloa ho tloha qalong? Na ha lea sebelisa kutloisiso ho tloha ha lefatše le thehoa?+ 22 Ho na le Ea lulang ka holim ’a selika-likoe sa lefatše,+ seo ba lulang ho sona ba leng joaloka marutle, Ea otlollang maholimo feela joaloka lesela le lesesaane la boleng bo botle, ea a alang joaloka tente eo ho luloang ho eona,+ 23 Ea etsang hore balaoli ba phahameng e se ke ea e-ba letho, ea entseng hore baahloli ba lefatše e be ntho eo e seng ea sebele.+

24 Ha ba e-s’o lengoe; ha ba e-s’o jaloe; kutu ea bona ha e e-s’o mele ka metso fatše.+ Ho hlokahala feela hore motho a ba bulule ’me baa omella;+ ’me sefefo se tla ba fefola joaloka litlhaka.+

25 “Empa le ka ntšoantša le mang hoo nka lekanngoang le eena?” ho bolela Mohalaleli.+ 26 “Phahamisetsang mahlo holimo ’me le bone. Ke mang ea bōpileng lintho tsee?+ Ke Ea hlahisang lekhotla la tsona ka palo, e ’ngoe le e ’ngoe o e bitsa le ka lebitso.+ Ka lebaka la bonatla+ ba hae bo boholo, kaha o boetse o na le matla a maholo, ha ho le e ’ngoe ea tsona e haellang.

27 “Etsoe Uena Jakobo, ke ka lebaka lefe u reng, ’me Uena Iseraele, ke ka lebaka lefe u bolelang ho re, ‘Tsela ea ka e patetsoe Jehova,+ ’me toka bakeng sa ka ha e lemohuoe ke Molimo oa ka’?+ 28 Na ha ua tseba kapa ha ua utloa?+ Jehova, ’Mōpi oa lipheletso tsa lefatše, ke Molimo ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ Ha a khathale kapa ho tepella.+ Kutloisiso ea hae e ke ke ea batlisisoa.+ 29 O fana ka matla ho ea khathetseng;+ ’me o etsa hore matla a feletseng a atele ea se nang matla.+ 30 Bashanyana ba tla khathala ’me ba tepelle, ’me ruri bahlankana ba tla khoptjoa, 31 empa ba tšepileng+ Jehova ba tla boela ba fumane matla.+ Ba tla nyoloha ka mapheo a kang a ntsu.+ Ba tla matha ’me ba ke ke ba tepella; ba tla tsamaea ’me ba ke ke ba khathala.”+

41 “’Mameleng le khutsitse, lōna lihlekehleke;+ lichaba+ li ke li boele li fumane matla. Li ke li atamele.+ Ka nako eo li ke li bue. A re atameleng hammoho bakeng sa kahlolo.+

2 “Ke mang ea tsositseng e mong bochaba-tsatsi?+ Ke mang ea mo bitselitseng maotong a Hae ka ho loka, ho mo fa lichaba, le ho etsa hore a kokobetse marena?+ Ke mang ea nehelaneng ka tsona joaloka lerōle saboleng ea hae, hoo li fefotsoeng ke seqha sa hae joaloka litlhaka feela?+ 3 Ke mang ea ’nileng a li lelekisa, a ’na a fetela pele ka khotso a tsamaea ka maoto tseleng eo a sa kang a tla ka eona? 4 Ke mang ea ’nileng a sebetsa+ ’me a etsa see, a bitsa meloko ho tloha qalong?+

“’Na, Jehova, Oa Pele;+ le ho ba ho qetela ke ntse ke tšoana.”+

5 Lihlekehleke+ li ile tsa bona ’me tsa qala ho tšoha. Lipheletso tsa lefatše tsa qala ho thothomela.+ Tsa atamela ’me tsa ’na tsa tla. 6 E mong le e mong a thusa motsoalle oa hae, ’me e mong o ne a re ho mor’abo: “E-ba matla.”+ 7 Kahoo setsebi sa mesebetsi ea matsoho sa matlafatsa ea sebetsang ka tšepe;+ ea etsang hore ntho e be boreleli ka hamore ea ho khoba a matlafatsa ea otlang tšetlo ka hamore, a re mabapi le se kopantsoeng ka kulo: “Se setle.” Qetellong e mong a se khokhothela ka lipekere e le hore se se ke sa sisinngoa.+

8 “Empa Uena Iseraele, u mohlanka oa ka,+ Uena Jakobo, eo ke mo khethileng,+ peō ea Abrahama+ motsoalle+ oa ka; 9 uena, eo ke mo nkileng lipheletsong tsa lefatše,+ le uena, eo ke mo bitsitseng likarolong tse hōle ka ho fetisisa tsa lona.+ Kahoo ke itse ho uena, ‘U mohlanka oa ka;+ ke u khethile,+ ’me ha kea u lahla.+ 10 U se ke ua tšoha, kaha ke na le uena.+ U se ke ua talima koana le koana, etsoe ke ’na Molimo oa hao.+ Ke tla u matlafatsa.+ Ka sebele ke tla u thusa.+ Ke tla u tšoara ka tieo ka letsoho+ la ka le letona la ho loka.’+

11 “Bona! Bohle ba u halefelang ba tla hlajoa ke lihlong ’me ba kokobetsoe.+ Batho ba qabanang le uena ba tla fetoha lefeela ’me ba tla timela.+ 12 U tla ba batla, empa u ke ke ua ba fumana, batho ba u loantšang.+ Ba tla fetoha ho hong ho sa pheleng ’me ba fetohe lefeela,+ batho ba u loantšang. 13 Etsoe ’na, Jehova Molimo oa hao, ke u tšoara ka letsoho+ la hao le letona, ke ’na Ea reng ho uena, ‘U se ke ua tšoha.+ Ke tla u thusa.’+

14 “U se ke ua tšoha, uena sebōkō+ Jakobo, lōna banna ba Iseraele.+ Ke tla u thusa,” ho bolela Jehova, Morekolli+ oa hao, Mohalaleli oa Iseraele. 15 “Bona! Ke u entse selei sa ho pola,+ sepolo se sehang ka nģa tse peli. U tla hatakela lithaba u li silakanye; ’me u tla etsa hore maralla a be joaloka ’mōkō.+ 16 U tla li olōsa,+ ’me li tla fefoloa ke moea,+ ’me sefefo se tla li lebisa litseleng tse fapaneng.+ U tla ithabela ho Jehova.+ U tla ithorisa ka Mohalaleli oa Iseraele.”+

17 “Ba hlorileng le ba futsanehileng ba batla metsi,+ empa ha a eo. Maleme a bona a omeletse+ ka lebaka la lenyora.+ ’Na, Jehova, ke tla ba araba.+ ’Na, Molimo oa Iseraele, nke ke ka ba tlohela.+ 18 Ke tla etsa linōka holim ’a maralla a se nang letho, le liliba har’a lithota.+ Ke tla etsa hore lefeella e be letamo la metsi le nang le lehlaka, le naha e se nang metsi ke e etse mehloli ea metsi.+ 19 Ke tla beha sefate sa kedare lefeelleng, leoka le myrte le sefate sa oli.+ Ke tla beha sefate sa junipere thoteng ea lehoatata, sefate se nang le makala a kang molora le kyprese ka nako e tšoanang;+ 20 e le hore batho ba ka bona le ho tseba le ho ela hloko le ho ba le temohisiso ka nako e tšoanang, hore letsoho la Jehova le entse sena, ’me Mohalaleli oa Iseraele o bōpile hoo.”+

21 “Tlisang tsekisano+ ea lōna ka pele,” ho bolela Jehova. “Hlahisang mabaka a lōna,”+ ho bolela Morena oa Jakobo.+ 22 “Hlahisang ’me le re bolelle lintho tse tla etsahala. Lintho tsa pele—seo li neng li le sona—le fele le bolele, e le hore re sebelise lipelo tsa rōna ’me re tsebe bokamoso ba tsona. Kapa le etse hore re utloe lintho tse tlang.+ 23 Bolelang lintho tse tlang ka mor’a moo, e le hore re tsebe hore le melimo.+ E, le tšoanela ho etsa se molemo kapa le etse bobe, e le hore re talime koana le koana ’me re ho bone ka nako e tšoanang.+ 24 Bonang! Le ho hong ho sa pheleng, ’me ntho eo le e finyeletseng hase letho.+ E mong le e mong ea le khethang o manyala.+

25 “Ke tsositse e mong leboea, ’me o tla tla.+ O tla ipiletsa lebitsong la ka ho tloha bochaba-tsatsi.+ O tla hatakela batlatsi ba ’musi joalokaha eka ke letsopa+ le joalokaha sebōpi se hatakela letsopa le mongobo.

26 “Ke mang ea boletseng ntho leha e le efe ho tloha qalong, e le hore re tsebe, kapa linakong tse fetileng, e le hore re ka re, ‘O nepile’?+ Ruri ha ho ea bolelang. Ruri ha ho ea etsang hore motho a utloe. Ruri ha ho ea utloang lipolelo tsa lōna.”+

27 Ho na le oa pele, ea reng ho Sione: “Bona! Ke bana!”+ ’me Jerusalema ke tla e fa ea tlisang litaba tse molemo.+

28 Ka ’na ka talima, ’me ho ne ho se na motho; ’me le ho bana ho ne ho se ea fanang ka keletso.+ Ka ’na ka ba botsa, e le hore ba arabe. 29 Bonang! Kaofela ha bona ke ho hong ho sa pheleng. Mesebetsi ea bona hase letho. Litšoantšo tsa bona tse entsoeng ka ho qhibilihisoa ke moea le ntho eo e seng ea sebele.+

42 Bonang! Mohlanka oa ka,+ eo ke lulang ke mo tšoere ka tieo!+ Mokhethoa oa ka,+ eo moea oa ka o mo amohetseng!+ Ke behile moea oa ka ho eena.+ O tla tlisetsa lichaba toka.+ 2 A ke ke a hoeletsa kapa a phahamisa lentsoe, ’me a ke ke a etsa hore lentsoe la hae le utluoe seterateng.+ 3 Ha ho lehlaka le tletleraneng leo a tla le roba;+ ha e le khoele ea lebone e lerootho ea folakse, a ke ke a e tima. O tla hlahisa toka ka ’nete.+ 4 A ke ke a hlōleha kapa a hatelloa ho fihlela a behile toka lefatšeng;+ lihlekehleke li tla ’ne li letele molao oa hae.+

5 Sena ke seo Molimo oa ’nete, Jehova, a se boletseng, ’Mōpi oa maholimo+ le E Moholo ea a otlollang;+ Ea alang lefatše+ le lihlahisoa tsa lona,+ Ea fanang ka phefumoloho+ ho batho ba ho lona,+ le moea ho ba tsamaeang ho lona:+ 6 “’Na, Jehova, ke u bitsitse ka ho loka,+ eaba ke u tšoara ka letsoho.+ Ke tla u sireletsa ’me ke nehelane ka uena joaloka selekane sa batho,+ joaloka leseli la lichaba,+ 7 hore u tutubolle mahlo a foufetseng,+ u ntše motšoaruoa+ chankaneng e ka tlas’a mohaho, le hore ba lutseng lefifing u ba ntše ka tlung ea botlamuoa.+

8 “Ke ’na Jehova. Ke lona lebitso+ la ka; ’me nke ke ka fa e mong khanya ea ka,+ kapa ka fa litšoantšo+ tse betliloeng thoriso ea ka.+

9 “Lintho tsa pele—bonang! li fihlile,+ empa ke bolela lintho tse ncha. Pele li hlaha, ke etsa hore le li utloe.”+

10 Binelang Jehova pina+ e ncha, thoriso ea hae ho tloha pheletsong ea lefatše,+ lōna ba theohelang leoatleng+ le ho se tletseng ho lona, lōna lihlekehleke le lōna ba ahileng ho tsona.+ 11 Lefeella+ le metse ea lona li ke li phahamise mantsoe a tsona, metsana eo Kedare e lulang ho eona.+ Baahi ba lefika+ ba ke ba hooe ka thabo. Batho ba hoeletse haholo litlhōrōng tsa lithaba. 12 Ba ke ba ise khanya+ ho Jehova, ’me ba bolele thoriso+ ea hae lihlekehlekeng.

13 Jehova o tla tloha joaloka monna ea matla.+ O tla tsosa cheseho joaloka mohlabani.+ O tla hooa, e, o tla ntša mohoo oa ntoa;+ o tla iponahatsa a le matla ho feta lira tsa hae.+

14 “Ke khutsitse ka nako e telele.+ Ke ile ka tsoela pele ke khutsitse.+ Ke ’nile ka sebelisa boitšoaro.+ Joaloka mosali ea belehang ke tla bobola, ke hemesele, ’me ke feheloe ka nako e tšoanang.+ 15 Ke tla ripitla+ lithaba le maralla, ’me ke tla etsa hore limela tsohle tsa tsona li omelle. Ke tla etsa hore linōka li fetohe lihlekehleke, ’me ke pshese matamo a nang le lehlaka.+ 16 Ke tla etsa hore lifofu li tsamaee ka tsela eo li sa kang tsa e tseba;+ ke tla etsa hore li hate tseleng eo li sa kang tsa e tseba.+ Ke tla etsa hore sebaka se lefifi ka pel’a tsona e be leseli,+ le sebaka se matsaranka e be sebaka se motsitsa.+ Tsena ke lintho tseo ke tla li etsetsa tsona, ’me nke ke ka li tlohela.”+

17 Ba tla khutlisoa, ba tla hlajoa ke lihlong haholo, ba tšepang litšoantšo tse betliloeng,+ ba reng ho setšoantšo se entsoeng ka ho qhibilihisoa: “Le melimo ea rōna.”+

18 Utloang, lōna ba sa utloeng litsebeng; ’me le talime, lōna lifofu.+ 19 Ea foufetseng ke mang, haese mohlanka oa ka, ’me ke mang ea sa utloeng litsebeng joaloka lenģosa la ka leo ke le romelang? Ke mang ea foufetseng joaloka ea putsitsoeng, kapa ea foufetseng joaloka mohlanka oa Jehova?+ 20 U bone lintho tse ngata, empa ha ua ka ua lula u talimile.+ U butse litsebe, empa ha ua ka ua lula u mametse.+ 21 Jehova molemong oa ho loka+ ha hae o thabetse hore a hōlise molao+ le ho o etsa o hlomphehang. 22 Empa ke batho ba tlatlapuoeng le ba nketsoeng thepa ka mahahapa,+ kaofela ha bona ba tšoasitsoe ka mekoting, ’me ba bolokiloe ba patiloe matlong a botlamuoa.+ Ba tlatlapuoe ho se molopolli,+ ba nketsoe thepa ka mahahapa ho se ea reng: “Khutlisang!”

23 Ke mang har’a lōna ea tla mamela see? Ke mang ea tla ela hloko ’me a mamele bakeng sa linako tsa morao?+ 24 Ke mang ea nehetseng Jakobo hore e nkeloe thepa ka mahahapa, le Iseraele ho ba tlatlapang? Na hase Jehova, Eo re mo sitetsoeng, le eo ba sa kang ba batla ho tsamaea litseleng tsa hae le eo ba sa kang ba mamela molao oa hae?+ 25 Kahoo O ’nile a tšollela khalefo ea hae ho eona, bohale ba hae, le matla a ntoa.+ Ea ’na ea e timetsa ka hohle,+ empa ha ea ka ea ela hloko;+ ea ’na ea e tukela, empa ha ho letho leo e neng e le beha pelong.+

43 Joale sena ke seo Jehova a se boletseng, ’Mōpi+ oa hao, Uena Jakobo, le Moetsi+ oa hao, Uena Iseraele: “U se ke ua tšoha, etsoe ke u rekolotse.+ Ke u bitsitse ka lebitso.+ U oa ka.+ 2 Haeba u ka feta metsing,+ ke tla ba le uena;+ le linōkeng, li ke ke tsa u hohola.+ Haeba u ka tsamaea mollong, u ke ke ua tlaboha, kapa hona hore lelakabe le u tlabole.+ 3 Etsoe ke ’na Jehova Molimo oa hao, Mohalaleli oa Iseraele Mopholosi oa hao.+ Ke fane ka Egepeta e le thekollo bakeng sa hao,+ Ethiopia+ le Seba sebakeng sa hao. 4 Ka lebaka la hore u bile bohlokoa mahlong a ka,+ u talimiloe u hlompheha, ’me ke u ratile.+ Ke tla fana ka batho sebakeng sa hao, le lichaba sebakeng sa moea oa hao.+

5 “U se ke ua tšoha, etsoe ke na le uena.+ Ke tla tlisa peō ea hao e tsoa bochaba-tsatsi, ’me ke tla u phutha bophirima-tsatsi.+ 6 Ke tla re ho leboea,+ ‘Fana!’ le ho boroa, ‘U se ke ua thiba. Tlisa bara ba ka ho tsoa hōle, le barali ba ka ho tsoa pheletsong ea lefatše,+ 7 e mong le e mong ea bitsoang ka lebitso la ka+ le eo ke mo bōpetseng khanya ea ka,+ eo ke mo entseng, e, eo ke mo entseng.’+

8 “Tlisang batho ba foufetseng le hoja mahlo a le teng, le ba sa utloeng litsebeng le hoja ba e-na le litsebe.+ 9 Lichaba kaofela li ke li bokelloe sebakeng se le seng, ’me lihlopha tsa lichaba li bokelloe.+ Ke mang har’a tsona ea ka bolelang sena?+ Kapa na li ka etsa hore re utloe lintho tsa pele?+ Li ke li hlahise lipaki+ tsa tsona, e le hore ho boleloe hore li lokile, kapa li utloe ’me li re, ‘Ke ’nete!’”+

10 “Le lipaki+ tsa ka,” ho bolela Jehova, “eena mohlanka oa ka eo ke mo khethileng,+ e le hore le tle le tsebe+ ’me le be le tumelo ho ’na,+ le hore le utloisise hore ke ’na Ea tšoanang.+ Pele ho ’na ha ho na Molimo ea ileng a etsoa,+ ’me le ka mor’a ka ho ile ha tsoela pele ho se e mong.+ 11 ’Na—ke ’na Jehova,+ ’me ha ho na mopholosi ntle ho ’na.”+

12 “Ke boletse ’me ke pholositse ’me ke entse hore ho utluoe,+ ha ho ne ho se na molimo osele har’a lōna.+ Kahoo le lipaki tsa ka,”+ ho bolela Jehova, “’me ke ’na Molimo.+ 13 Hape, ka linako tsohle ke ’na Ea tšoanang;+ ’me ha ho na ea lopollang letsohong la ka.+ Ke tla sebetsa,+ ’me ke mang ea ka le tlosang?”+

14 Sena ke seo Jehova a se boletseng, Morekolli oa lōna,+ Mohalaleli oa Iseraele:+ “Molemong oa lōna ke tla romeletsa Babylona ke lihe+ mekoallo ea lichankana, ’me ke etse hore Bakalde ba bokolle likepeng.+ 15 Ke ’na Jehova Mohalaleli+ oa lōna, ’Mōpi oa Iseraele,+ Morena oa lōna.”+

16 Sena ke seo Jehova a se boletseng, Ea etsang tsela leoatleng le tsela har’a metsi a matla,+ 17 Ea hlahisang koloi ea ntoa le pere, lebotho la sesole le ba matla ka nako e tšoanang:+ “Ba tla robala.+ Ba ke ke ba tsoha.+ Ka sebele ba tla felisoa.+ Ba tla tima joaloka khoele ea lebone ea folakse.”+

18 “Le se ke la hopola lintho tsa pele, ’me le se ke la nahana ka lintho tsa pele. 19 Bonang! Ke etsa ho hong ho hocha.+ Joale ho tla hlaha. Le tla ho tseba, na ha ho joalo?+ Ruri, ke tla beha tsela lefeelleng,+ ke behe linōka lehoatateng.+ 20 Sebata sa naha se tla ntlotlisa,+ liphokojoe le limpshe;+ kahobane ke tla be ke fane ka metsi lefeelleng, linōka lehoatateng,+ ho etsa hore sechaba sa ka, mokhethoa+ oa ka, a noe, 21 sechaba seo ke iketselitseng sona, e le hore se phete thoriso ea ka.+

22 “Empa ha ua mpitsa, Uena Jakobo,+ kahobane u khathetse ke ’na, Uena Iseraele.+ 23 Ha ua ntlisetsa linku tsa linyehelo tsa hao tse feletseng tsa secheso, ’me ha ua ntlotlisa ka mahlabelo a hao.+ Ha kea u qobella hore u ntšebeletse ka mpho, kapa ka u khathatsa ka libano tse tšoeu.+ 24 Ha ua nthekela lehlaka+ le monate ka chelete; ’me ha ua nkhotsofatsa ka mafura a mahlabelo a hao.+ Ha e le hantle u nqobeletse hore ke sebeletse ka lebaka la libe tsa hao; u nkhathalitse ka liphoso tsa hao.+

25 “’Na—ke ’na Ea hlakolang+ litlōlo tsa hao+ molemong+ oa ka, ’me nke ke ka hopola libe tsa hao.+ 26 Nkhopotse; a re kene kahlolong hammoho;+ bolela tlaleho ea hao e le hore u ka nepa.+ 27 Ntat’ao oa pele, o entse sebe,+ ’me babuelli ba hao ba ntšitetsoe.+ 28 Kahoo ke tla silafatsa likhosana tsa sebaka se halalelang, ’me ke tla nehelana ka Jakobo hore e be motho ea nehetsoeng timetso le Iseraele ke nehelane ka eona hore e be mantsoe a nyefolo.+

44 “Joale mamela, Uena Jakobo mohlanka oa ka,+ le uena Iseraele, eo ke mo khethileng.+ 2 Sena ke seo Jehova a se boletseng, Moetsi+ oa hao le ’Mōpi+ oa hao, ea ’nileng a u thusa u sa le ka mpeng,+ ‘U se ke ua tšoha,+ Uena mohlanka oa ka Jakobo, le uena, Jeshurune,+ eo ke mo khethileng. 3 Etsoe ke tla tšela ea nyoriloeng+ ka metsi, le sebaka se omileng ka melapo e phallang.+ Ke tla tšollela moea oa ka holim ’a peō+ ea hao, le tlhohonolofatso ea ka holim ’a litloholo tsa hao. 4 Ka sebele ba tla hlaha joalokaha eka ke har’a joang+ bo botala, joaloka lipopoliri+ pel’a liforo tsa metsi. 5 E mong o tla re: “’Na ke oa Jehova.”+ E mong o tla ipitsa ka lebitso la Jakobo,+ e mong a ngole letsohong la hae: “Ke oa Jehova.” E mong o tla ipitsa ka lebitso la Iseraele.’+

6 “Sena ke seo Jehova a se boletseng, Morena oa Iseraele+ le Morekolli oa eona,+ Jehova oa mabotho, ‘Ke ’na oa pele ’me ke ’na oa ho qetela,+ ’me ha ho na Molimo+ ntle ho ’na. 7 Ke mang ea kang ’na?+ A ke a hoeletse, e le hore a ka ho bolela ’me a ho hlahisa ho ’na.+ Ho tloha ha ke ne ke beha batho ba khale,+ ba ke ba bolele lintho tse tlang le lintho tse tla kena. 8 Le se ke la tšoha, ’me le se ke la thotofala.+ Na ho tloha ka nako eo ha kea etsa hore ka bomong le utloe eaba kea ho bolela?+ Le lipaki+ tsa ka. Na ho na le Molimo e mong ntle ho ’na?+ Che, ha ho na Lefika+ le leng. Ha ho na leo ke le tsebang.’”

9 Baetsi ba setšoantšo se betliloeng kaofela ha bona ke lintho tseo e seng tsa sebele,+ ’me baratuoa ba bona ba ke ke ba e-ba le molemo;+ ’me joaloka lipaki tsa bona ha ba bone letho ’me ha ba tsebe letho,+ e le hore ba hlajoe ke lihlong.+ 10 Ke mang ea entseng molimo kapa ea foromileng setšoantšo se entsoeng ka ho qhibilihisoa?+ Ha sea ba le molemo oa letho.+ 11 Bonang! Balekane bohle ba hae ba tla hlajoa ke lihlong,+ ’me litsebi tsa mesebetsi ea matsoho li tsoa ho batho ba lefatše. Kaofela ha bona ba tla phutheha.+ Ba tla ema. Ba tla tšoha. Ba tla hlajoa ke lihlong ka nako e tšoanang.+

12 Ha e le ea betlang tšepe ka thipa e nang le ntlha e hakang, o ’nile a tšoareha ho sona ka mashala; o se etsa ka hamore, ’me o lula a tšoarehile ho sona ka letsoho la hae le matla.+ Hape, o lapile, ’me o hloka matla. Ha aa noa metsi; kahoo o khathetse.

13 Ha e le ’metli oa lehong, o otlolotse khoele ea ho lekanya; o etsa moralo oa sona ka choko e khubelu; o se sebetsa ka phalo ea lehong; ’me o ntse a etsa moralo oa sona ka kofuto e etsang selika-likoe, ’me qetellong o se etsa joaloka setšoantšo sa motho,+ joaloka botle ba moloko oa batho, hore se lule ka tlung.+

14 Ho na le eo mosebetsi oa hae e leng ho rema likedare; ’me o nka mofuta o itseng oa sefate, sefate sa setonanahali, ’me o se tlohella hore se be matla bakeng sa hae har’a lifate tsa moru.+ O lemile sefate sa lorele, ’me pula e tšolohang e ntse e etsa hore se hōle. 15 Se fetohile ntho eo ka eona motho a bolokang mollo o tuka. Kahoo o nka karolo ea sona e le hore a iphuthumatse. Ha e le hantle o besa mollo ’me o apeha bohobe. Hape o etsa molimo eo a tla mo inamela.+ O se entse setšoantšo+ se betliloeng, ’me oa se khumamela. 16 Halofo ea sona o e besa mollong. Holim ’a halofo ea sona o besa nama eo a e jang, ebe oa khora. Hape oa iphuthumatsa ’me o re: “Eke! Ke iphuthumalitse. Ke bone khanya ea mollo.” 17 Empa se setseng o se etsa molimo, o se etsa setšoantšo se betliloeng. Oa se khumamela le ho se inamela ’me oa se rapela o re: “Ntopolle, etsoe u molimo oa ka.”+

18 Ha baa tseba,+ leha e le ho utloisisa,+ kahobane mahlo a bona a tlotsitsoe e le hore a se ke a bona,+ le lipelo tsa bona e le hore li se ke tsa ba le temohisiso.+ 19 Ha ho ea hopolang pelong ea hae+ kapa ea nang le tsebo kapa kutloisiso,+ ea reng: “Ke besitse halofo ea sona mollong, ’me ke boetse ka apeha bohobe holim ’a mashala a sona; ke besitse nama ke jele. Empa na se setseng ho sona ke tla se etsa ntho e manyala?+ Na ke tla khumamela lehong le omileng la sefate?” 20 O ja molora.+ Pelo ea hae e thetsitsoeng e mo khelositse.+ Ha a lopolle moea oa hae, kapa a re: “Na ha ho na leshano letsohong la ka le letona?”+

21 “Hopola lintho tsena, Uena Jakobo,+ le uena Iseraele, kahobane u mohlanka oa ka.+ Ke u entse.+ U mohlanka oa ka. Uena Iseraele, nke ke ka u lebala.+ 22 Ke tla hlakola litlōlo tsa hao joalokaha eka ke ka leru, le libe tsa hao joalokaha eka ke ka leru.+ U khutlele ho ’na,+ etsoe ke tla u rekolla.+

23 “Hoeletsang ka thabo, lōna maholimo,+ etsoe Jehova o nkile bohato!+ Hooang ka tlhōlo,+ lōna likarolo tse tlaase-tlaase tsa lefatše!+ Nyakallang, lōna lithaba,+ ka mohoo oa thabo, uena moru le lōna lifate tsohle tse ho oona! Etsoe Jehova o rekolotse Jakobo, ’me o bontša botle ba hae ho Iseraele.”+

24 Sena ke seo Jehova a se boletseng, Morekolli+ oa hao le Moetsi oa hao u sa le ka mpeng: “’Na, Jehova, ke etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ke otlolla maholimo,+ ke ala lefatše.+ Ke mang ea neng a e-na le ’na? 25 Ke nyopisa lipontšo tsa ba buang lefeela, ’me ke ’na Ea etsang hore linohe li etse ka bohlanya;+ Ea khutlisetsang banna ba bohlale morao, le Ea fetolang tsebo ea bona booatla;+ 26 Ea etsang hore lentsoe la mohlanka oa hae le phethahale, le Ea phethang ka ho feletseng morero oa manģosa a hae;+ Ea reng ka Jerusalema, ‘E tla ba le baahi,’+ le ka metse ea Juda, ‘E tla tsosolosoa,+ ’me ke tla tsosa masupi a eona’;+ 27 Ea reng ho boliba, ‘Fetoha mouoane; ’me ke tla pshesa linōka tsohle tsa hao’;+ 28 Ea reng ka Cyruse,+ ‘Ke molisa oa ka, ’me o tla phetha ka ho feletseng sohle seo ke se thabelang’;+ esita le ha ke re ka Jerusalema, ‘E tla tsosolosoa,’ le ka tempele, ‘Motheo oa hao o tla raloa.’”+

45 Sena ke seo Jehova a se buileng ho motlotsuoa oa hae,+ ho Cyruse, eo ke tšoereng letsoho la hae le letona,+ hore ke hlōle lichaba ka pel’a hae,+ e le hore nka tlamolla linyepa mathekeng a marena; hore ke bule ka pel’a hae menyako e nang le mamati a mabeli, hoo le liheke li ke keng tsa koaloa: 2 “Ke tla tsamaea ka pel’a hao,+ ’me ke tla batalatsa makukuno a naha.+ Ke tla roba mamati a koporo likoto, ’me ke tla poma mekoallo ea tšepe.+ 3 Ke tla u fa matlotlo+ a lefifing le matlotlo a patiloeng libakeng tse patehileng, e le hore u ka tseba hore ke ’na Jehova, Ea u bitsang ka lebitso,+ Molimo oa Iseraele. 4 Molemong oa mohlanka oa ka Jakobo le oa Iseraele mokhethoa oa ka,+ ke u bitsitse ka lebitso; ke u file lebitso le hlomphehang, le hoja u ne u sa ntsebe.+ 5 Ke ’na Jehova, ha ho e mong.+ Kantle ho ’na ha ho na Molimo.+ Ke tla u tlama haufi-ufi, le hoja u sa ka ua ntseba, 6 e le hore batho ba ka tseba ho tloha bochaba-tsatsi le ho tloha bophirima-tsatsi hore ha ho e mong ntle ho ’na.+ Ke ’na Jehova, ’me ha ho e mong.+ 7 Ea etsang leseli+ ’me a bōpa lefifi,+ ea etsang khotso+ ’me a baka tlokotsi,+ ’na, Jehova, ke etsa lintho tsena tsohle.+

8 “Lōna maholimo, etsang hore ho be le ho rotha ho tsoang holimo;+ ’me maholimo a koahetsoeng ke maru a ke a rothe ho loka.+ Lefatše le ke le bulehe, ’me le ateloe ke poloko, ’me le hlahise+ ho loka ka nako e tšoanang. ’Na, Jehova, ke a bōpile.”+

9 Ho malimabe ea tsekisaneng le ’Mōpi+ oa hae, joaloka lengeta le mangeta a mang a lefatše! Na letsopa+ le ka re ho ’mōpi oa lona: “U etsa’ng?” Le ntho eo u e finyeletseng na e ka re: “Ha a na matsoho”? 10 Ho malimabe ea reng ho ntate: “U tsoetse eng?” le ho mosali: “U bohlokong ba pelehi bakeng sa eng?”+

11 Sena ke seo Jehova a se boletseng, Mohalaleli oa Iseraele+ le Moetsi+ oa eona: “Mpotseng ka lintho tse tlelang+ bara ba ka;+ ’me le ntaele malebana le mosebetsi+ oa matsoho a ka. 12 Ke entse lefatše+ ’me ke bōpile le motho holim ’a lona.+ ’Na—matsoho a ka a otlolotse maholimo,+ ’me ke laetse makhotla ’ohle a ’ona.”+

13 “Ke tsositse e mong ka ho loka,+ ’me ke tla otlolla litsela tsohle tsa hae.+ Ke eena ea tla haha motse oa ka,+ ’me o tla tlohela ba ka ba isitsoeng kholehong hore ba se ke ba tsamaea,+ ka tefello+ kapa tjotjo,” ho boletse Jehova oa mabotho.

14 Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Basebetsi ba sa lefuoeng ba Egepeta+ le bahoebi ba Ethiopia le Basabea,+ banna+ ba balelele, ba tla tla ho uena, ’me e tla ba ba hao.+ Ba tla tsamaea ka mor’a hao; ba tla tla ba le litlamong,+ ’me ba tla u inamela.+ Ba tla u rapela, ba re, ‘Ruri Molimo o bonngoeng le uena,+ ’me ha ho e mong; ha ho Molimo e mong.’”+

15 Kannete u Molimo ea lulang a ipatile,+ Molimo oa Iseraele, Mopholosi.+ 16 Ka sebele ba tla hlajoa ke lihlong ’me ba tlotlolohe, kaofela ha bona. Ka tlotlollo+ baetsi ba litšoantšo tse rapeloang ba tla tsamaea hammoho. 17 Ha e le Iseraele, ka sebele e tla pholosoa bonngoeng le Jehova+ ka poloko ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.+ Le ke ke la hlajoa ke lihlong,+ kapa la tlotlolloa+ ho isa linakong tse sa lekanyetsoang tsa bosafeleng.

18 Etsoe sena ke seo Jehova a se boletseng, ’Mōpi oa maholimo,+ Eena Molimo+ oa ’nete, ’Mōpi oa lefatše le Moetsi oa lona,+ Eena Ea le tiisitseng ka thata,+ ea sa kang a le bōpela lefeela, ea le etselitseng hore le be le baahi:+ “Ke ’na Jehova, ’me ha ho e mong.+ 19 Ha kea bua sebakeng seo ho ipatoang ho sona,+ sebakeng se lefifi sa lefatše; leha e le ho re ho peō ea Jakobo, ‘Mpatleng bakeng sa lefeela.’+ Ke ’na Jehova, ea buang se lokileng, ea bolelang se nepahetseng.+

20 “Phuthehang ’me le tle.+ Atamelanang haufi, lōna baphonyohi ba tsoang lichabeng.+ Ba jarang lehong la setšoantšo sa bona se betliloeng ha baa tseba letho, leha e le ba rapelang molimo ea ke keng a pholosa.+ 21 Etsang tlaleho ea lōna le nehelano ea lōna.+ E, ba ke ba rerisane hammoho ka bonngoe. Ke mang ea entseng hore sena se utluoe ho tloha nakong ea khale?+ Ke mang ea entseng hore sena se utluoe ho tloha hona ka nako eo?+ Na hase ’na, Jehova, eo ntle ho eena ho seng Molimo+ e mong; Molimo ea lokileng le Mopholosi,+ kaha ha ho e mong ntle ho ’na?+

22 “Retelehelang ho ’na ’me le pholosoe,+ lōna bohle ba lipheletsong tsa lefatše; etsoe ke ’na Molimo, ’me ha ho e mong.+ 23 Ke hlapantse+ ka ’na—lentsoe le tsoile molomong oa ka ka ho loka,+ hoo le ke keng la khutla+—hore lengole le leng le le leng le tla nkhumamela,+ leleme le leng le le leng le tla hlapanya,+ 24 le re, ‘Ruri ho na le ho loka ho feletseng le matla ho Jehova.+ Bohle ba mo halefelang ba tla tla ho eena ka ho toba ’me ba hlajoe ke lihlong.+ 25 Peō+ eohle ea Iseraele e tla nepahala+ ’me e tla ithorisa ka Jehova .’”+

46 Bele+ e khumame,+ Nebo e kotlobane; litšoantšo+ tsa tsona tse rapeloang li fetohile tsa libata le liphoofolo tse ruuoang, mejaro ea tsona, thōtō e litsekana, li fetohile moroalo oa liphoofolo tse khathetseng. 2 Li tla kotlobana; e ’ngoe le e ’ngoe ka ho tšoana e tla khumama; ho hang ha li khone ho pholosa+ moroalo, empa meea ea tsona e tla ea kholehong.+

3 “’Mamele, Uena ntlo ea Jakobo, le lōna bohle ba setseng ba ntlo ea Iseraele,+ lōna ba fetisitsoeng ke ’na ho tsoa ka mpeng, ba ntšitsoeng ka pōpelong.+ 4 Esita le ho isa botsofaling ba motho ’na ke Ea tšoanang;+ le ho isa bohlooho-putsoeng ba motho ke tla ’ne ke mamelle.+ Ka sebele ke tla nka bohato,+ e le hore ke nke ’me ke mamelle ’me ke pholose.+

5 “Le tla ntšoantša le mang+ kapa le ntekanye le mang kapa le mpapise le mang e le hore re tle re tšoane?+ 6 Ho na le ba hafang khauta sepacheng, ’me ba bekha silevera ka balaka ea sekala. Ba hira ea sebetsang ka tšepe, ’me o e etsa molimo.+ Ba itihela fatše ka lifahleho, e, baa inama.+ 7 Ba o jara mahetleng,+ baa o jara ’me ba o beha sebakeng sa oona e le hore o eme. Ha o tlohe sebakeng seo o emeng ho sona.+ E mong oa o hoeletsa, empa ha o arabe; ha o pholose motho mahlomoleng a hae.+

8 “Hopolang sena, e le hore le ka iteta sebete. Se beheng pelong,+ lōna batlōli.+ 9 Hopolang lintho tsa pele tsa nakong ea khale,+ hore ke ’na Ea Nang le Bomolimo+ ’me ha ho na Molimo+ e mong, leha e le mang ea joaloka ’na;+ 10 Ea bolelang qetello ho tloha tšimolohong,+ le eo ho tloha khale a bolelang lintho tse e-s’o etsoe;+ Ea reng, ‘Morero oa ka o tla ema o tiile,+ ’me ke tla etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e thabelang’;+ 11 Ea bitsang nonyana e jang nama bochaba-tsatsi,+ ea bitsang motho naheng e hōle hore a phethise morero oa ka.+ Ke o boletse; ke tla boela ke o tlise.+ Ke o entse, ke tla boela ke o phethe.+

12 “’Mameleng, lōna ba lipelo li matla,+ lōna ba hōle le ho loka.+ 13 Ke atamelitse ho loka ha ka.+ Ha ho hōle,+ ’me poloko ea ka e ke ke ea siuoa ke nako.+ Ke tla fana ka poloko Sione, ke fe Iseraele botle ba ka.”+

47 Theoha ’me u lule lerōleng,+ Uena morali oa Babylona oa moroetsana.+ Lula fatše moo ho se nang terone,+ Uena morali oa Bakalde.+ Etsoe batho ha ba sa tla hlola ba re ha ua tiea ’me ua tetema.+ 2 Nka leloala+ la letsoho ’me u sile hore phofo e be teng. Koaholla lesira.+ Hlobola seaparo sa hao se qhalaneng.+ Apola leoto.+ U tšele linōka. 3 U tšoanela ho apola bofeela ba hao.+ Hape, nyeliso ea hao e tšoanela ho bonoa.+ Ke tla nka phetetso,+ ’me nke ke ka kopana le motho leha e le ofe ka mosa.

4 “Ho na le Ea re rekollang.+ Lebitso la hae ke Jehova oa mabotho,+ Mohalaleli oa Iseraele.”+

5 Lula fatše ka khutso+ ’me u tle lefifing,+ Uena morali oa Bakalde;+ etsoe batho ha ba sa tla hlola ba u bitsa Mong’a+ Mebuso.+ 6 Ke ile ka halefela batho ba ka.+ Ke silafalitse lefa la ka,+ eaba ke nehelana ka bona letsohong la hao.+ Ha ua ka ua ba hauhela.+ U entse hore joko ea hao e be boima haholo holim ’a monna-moholo.+ 7 U ’nile ua re: “Ke tla ba Mofumahali+ ho isa nakong e sa lekanyetsoang, ka ho sa feleng.” Ha ua ka ua tebisetsa lintho tsena pelong; ha ua ka ua hopola qetello ea taba.+

8 Joale utloa sena, uena mosali ea ineheletseng monyaka, ea lutseng a sireletsehile,+ ea reng ka pelong: “Ke ’na, ha ho na e mong.+ Nke ke ka lula ke le mohlolohali, ’me nke ke ka tseba ho lahleheloa ke bana.”+ 9 Empa u tla tleloa ke lintho tsena tse peli ka tšohanyetso, ka letsatsi le le leng:+ ho lahleheloa ke bana le bohlolohali. Li tla u tlela ka tekanyo e feletseng,+ bakeng sa boloi ba hao bo bongata, bakeng sa matla a feletseng a mantsoe a hao a boloi—ka mokhoa o fetisisang.+ 10 U ’nile ua tšepa bobe ba hao.+ U itse: “Ha ho na ea mponang.”+ Bohlale ba hao le tsebo ea hao+—ke sona se u khelositseng; ’me u ntse u re ka pelong: “Ke ’na, ha ho na e mong.” 11 U tla tleloa ke tlokotsi; u ke ke ua tseba ho upella khahlanong le eona. Tsietsi e tla u oela holimo;+ u ke ke ua khona ho e qoba. Ka tšohanyetso+ u tla tleloa ke tšenyeho eo u sa e tsebeng.

12 Joale, ema mantsoeng a hao a boloi le boloing ba hao bo bongata,+ boo u sehlileng ho bona ho tloha bocheng ba hao; e le hore mohlomong u ka khona ho rua molemo, e le hore mohlomong u ka etsa hore batho ba tlale tšabo e nang le tlhompho. 13 U khathalitsoe ke baeletsi ba hao ba bangata. Joale, ba ke ba eme ’me ba u pholose, barapeli ba maholimo, ba talimang linaleli,+ ba fanang ka tsebo ka likhoeli tse thoasitseng mabapi le lintho tse tla u tlela. 14 Bonang! Ba joaloka litlhaka.+ Ka sebele mollo o tla ba chesa.+ Ba ke ke ba lopolla meea+ ea bona matleng a lelakabe.+ Ho ke ke ha e-ba le mashala a patsi a hlenneng bakeng sa hore batho ba iphuthumatse, ho ke ke ha e-ba le khanya ea mollo eo ba tla lula ka pel’a eona. 15 Ka sebele ba tla ba joalo ho uena, bao u sehlileng le bona joaloka baupelli+ ba hao ho tloha bocheng ba hao. Ba tla hlahlathela, e mong le e mong a ee sebakeng sa habo. Ho ke ke ha e-ba le ea tla u pholosa.+

48 Utloang sena, Lōna ba ntlo ea Jakobo, lōna ba ipitsang ka lebitso la Iseraele+ le ba tsoileng metsing a Juda,+ lōna ba hlapanyang ka lebitso la Jehova+ le ba buang ka Molimo oa Iseraele,+ eseng ka ’nete hape eseng ka ho loka.+ 2 Etsoe ba ipolela hore ba tsoa motseng o halalelang,+ ’me ba itšetlehile ka Molimo oa Iseraele,+ eo lebitso la hae e leng Jehova oa mabotho.+

3 “Ke boletse lintho tsa pele ho tloha ka nako eo, ’me li tsoile molomong oa ka, ’me ka ’na ka etsa hore li utluoe.+ Ka tšohanyetso ke ile ka nka bohato, ’me lintho tsa tla.+ 4 Ka lebaka la ho tseba hore u thata+ le hore molala oa hao ke mosifa+ oa tšepe ’me phatla ea hao ke koporo,+ 5 ke boetse ka ’na ka u bolella ho tloha ka nako eo. Pele e fihla, ke entse hore u e utloe,+ e le hore u se ke ua re, ‘Setšoantšo sa ka se rapeloang se li entse, ’me setšoantšo sa ka se betliloeng le setšoantšo sa ka se entsoeng ka ho qhibilihisoa se li laetse.’+ 6 Le utloile.+ E talimeng kaofela.+ Ha e le lōna, na le ke ke la e bolela?+ Ke entse hore le utloe lintho tse ncha ho tloha nakong ea hona joale, esita le lintho tse bolokiloeng, tseo le sa kang la li tseba.+ 7 Nakong ea hona joale li tla bōptjoa, eseng ho tloha ka nako eo, lintho tseo pele ho kajeno le sa kang la li utloa, e le hore le se ke la re, ‘Bonang! Ke se ke ntse ke li tseba.’+

8 “Ho feta moo, ha lea utloa,+ kapa la tseba, kapa litsebe tsa lōna tsa buleha ho tloha ka nako eo ho ea pele. Etsoe ruri ke tseba hantle hore le ’nile la sebetsa ka bolotsana,+ ’me le bitsitsoe ‘motlōli ho tloha ka mpeng.’+ 9 Ke tla tšoara bohale ba ka ka lebaka la lebitso la ka,+ ’me bakeng sa thoriso ea ka ke tla ithiba e le hore le se ke la felisoa.+ 10 Bonang! Ke le hloekisitse, empa eseng joaloka silevera.+ Ke le entse ba khethehileng sebōping sa ho qhibilihisa sa mahloreho.+ 11 Ka lebaka la ka, ka lebaka la ka ke tla nka bohato,+ etsoe ke joang motho a ka itlohellang hore a silafatsoe?+ Nke ke ka fa e mong khanya ea ka.+

12 “’Mamele, Uena Jakobo, le uena Iseraele oa ka ea bitsitsoeng. Ke ’na Ea tšoanang.+ Ke ’na oa pele.+ Ho feta moo, ke ’na oa ho qetela.+ 13 Ho feta moo, letsoho la ka le ralile motheo oa lefatše,+ ’me letsoho la ka le letona le atolositse maholimo.+ Kea a bitsa, e le hore a eme hammoho.+

14 “Phuthehang, kaofela ha lōna, ’me le utloe.+ Ke mang har’a bona ea boletseng lintho tsee? Jehova o mo ratile.+ O tla etsa seo a se thabelang ho Babylona,+ ’me letsoho la hae le tla ba holim ’a Bakalde.+ 15 ’Na—ke buile. Ho feta moo, ke mo bitsitse.+ Ke mo tlisitse, ’me tsela ea hae e tla atlehisoa.+

16 “Atamelang ho ’na. Utloang sena. Ho tloha qalong ho hang ha kea bua sebakeng seo ho ipatoang ho sona.+ Ho tloha ha se etsahala ke bile teng.”

Joale ’Musi Morena Jehova o nthomile, oona moea oa hae.+ 17 Sena ke seo Jehova a se boletseng, Morekolli+ oa hao, Mohalaleli oa Iseraele:+ “’Na, Jehova, ke Molimo oa hao, ke ’na Ea u rutang hore u itsoele molemo,+ Ea etsang hore u tsamaee tseleng eo u lokelang ho tsamaea ka eona.+ 18 Hoja u ka ela litaelo tsa ka hloko!+ Joale khotso ea hao e ne e tla tšoana le nōka,+ ’me ho loka ha hao ho tšoane le maqhubu a leoatle.+ 19 Bana ba hao ba ne ba tla tšoana le lehlabathe, ’me litloholo tse tsoang lithong tsa hao tse ka hare li tšoane le lithollo tsa lona.+ Lebitso la motho le ne le ke ke la tlosoa kapa la felisoa ka pel’a ka.”+

20 Tsamaeang, le tsoe Babylona!+ Balehang ho Bakalde.+ Bolelang ka mohoo oa thabo, etsang hore sena se utluoe.+ Etsang hore se fihle pheletsong ea lefatše.+ E-reng: “Jehova o rekolotse mohlanka oa hae Jakobo.+ 21 Ha baa ka ba nyoroa+ ha a ne a etsa hore ba tsamaee libakeng tse ripitliloeng.+ O ile a etsa hore metsi a phalle lefikeng bakeng sa bona, eaba o petsola lefika e le hore metsi a ka phalla.”+

22 Jehova o itse: “Ha ho na khotso bakeng sa ba khopo.”+

49 ’Mameleng, Lōna lihlekehleke,+ ’me le ele hloko, lōna lichaba tse hōle.+ Jehova o mpitsitse+ ke sa le ka mpeng.+ O boletse lebitso la ka ke sa le lithong tse ka hare tsa ’Mè.+ 2 A etsa hore molomo oa ka o be joaloka sabole e bohale.+ O mpatile moriting+ oa letsoho la hae.+ Butle-butle a nketsa lerumo le leolitsoeng. A mpata khohlopong ea hae. 3 A tsoela pele ho re ho ’na: “U mohlanka oa ka, Uena Iseraele,+ uena eo ke tla bonahatsa botle ba ka ho eena.”+

4 Empa ha e le ’na, ka re: “Ke sebelelitse lefeela.+ Ke sebelisitse matla a ka bakeng sa ntho eo e seng ea sebele le lefeela.+ Kannete kahlolo ea ka e ho Jehova,+ ’me moputso oa ka o ho Molimo+ oa ka.” 5 Joale Jehova, Ea nketsang ho tloha ka mpeng hore ke be mohlanka oa hae,+ o itse ke khutlisetse Jakobo ho eena,+ e le hore Iseraele e bokelloe ho eena.+ Ke tla tlotlisoa mahlong a Jehova, Molimo oa ka o tla fetoha matla a ka. 6 Eaba o re: “Ha ea ba taba e sa reng letho hore u be mohlanka oa ka bakeng sa ho hlahisa meloko ea Jakobo le ho khutlisa ba sirelelitsoeng ba Iseraele;+ ke boetse ke fane ka uena hore u be leseli la lichaba,+ e le hore poloko ea ka e ka ba teng ho isa pheletsong ea lefatše.”+

7 Sena ke seo Jehova, Morekolli oa Iseraele,+ Mohalaleli oa eona, a se boletseng ho ea nyelisoang moeeng,+ ho ea hloiloeng ke sechaba,+ ho mohlanka oa babusi:+ “Marena a tla bona ’me ka sebele a tsohe,+ le likhosana, ’me li tla inama, ka lebaka la Jehova, ea tšepahalang,+ Mohalaleli oa Iseraele, ea u khethang.”+

8 Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Ke u arabetse ka nako ea kamohelo,+ ’me ke u thusitse ka letsatsi la poloko;+ ke ’nile ka u sireletsa e le hore ke fane ka uena joaloka selekane bakeng sa batho,+ hore u etse hore naha e boele e be le baahi,+ ho etsa hore mafa a entsoeng lesupi a ruuoe hape,+ 9 ho re ho batšoaruoa,+ ‘Tsoang!’+ ho ba lefifing,+ ‘Itlhahiseng!’+ Ba tla fula litseleng, ’me makhulo a bona a tla ba litseleng tsohle tse tsamauoang haholo.+ 10 Ba ke ke ba lapa,+ kapa ba nyoroa,+ kapa ba otloa ke mocheso o bataolang kapa letsatsi.+ Etsoe Ea ba hauhelang o tla ba etella pele,+ ’me o tla ba isa lilibeng tsa metsi.+ 11 Ke tla etsa hore lithaba tsohle tsa ka e be tsela, le litsela tsa ka tse khōlō li tla ba moo ho phahameng.+ 12 Bonang! Bana ba tla tla ba tsoa hōle,+ ’me, bonang! bana ba tsoa leboea+ le bophirimela,+ ’me bana ba tsoa naheng ea Sinime.”

13 Etsang mohoo oa nyakallo, lōna maholimo,+ ’me u thabe, uena lefatše.+ Lithaba li ke li nyakalle ka mohoo oa nyakallo.+ Etsoe Jehova o tšelisitse batho ba hae,+ ’me o bontša khauho ho batho ba hae ba hlorileng.+

14 Empa Sione e ’nile ea re: “Jehova o ntlohetse,+ ’me Jehova o ntebetse.”+ 15 Na mosali a ka lebala ngoana oa hae ea anyang hoo a ke keng a hauhela mora oa mpa ea hae?+ Esita le basali bana ba ka lebala,+ leha ho le joalo ’na nke ke ka u lebala.+ 16 Bona! Ke u ngotse liatleng tsa ka.+ Marako a hao a ka pel’a ka kamehla.+ 17 Bara ba hao ba potlakile. Ba u qhaqhang le ba u ripitlang ba tla tloha ho uena. 18 Phahamisetsa mahlo a hao ka hohle ’me u bone. Kaofela ha bona ba phuthehile.+ Ba tlile ho uena. “Ka ’na ea phelang,” ho bolela Jehova,+ “u tla ikapesa bona kaofela joalokaha eka ke ka mekhabiso, ’me u tla ba tlamella ho uena joaloka monyaluoa.+ 19 Le hoja libaka tsa hao tse ripitliloeng le masupi a hao le naha ea lithako tsa hao li le teng,+ le hoja hona joale u patisane haholo hore ho luloe ho uena, ’me ba u metsang ba le hōle,+ 20 leha ho le joalo moo u ntseng u utloa bara ba boemo ba hao ba tahlehelo+ ba tla re, ‘Sebaka sena se patisane haholo bakeng sa ka.+ Mphe sebaka, e le hore nka lula ho sona.’+ 21 Ka sebele u tla re ka pelong ea hao, ‘Ke mang ea ntsoaletseng baa, kaha ke mosali ea amohuoeng bana le nyopa, ea isitsoeng kholehong le ea nkiloeng e le motšoaruoa?+ Ha e le bana, ba hōlisitsoe ke mang?+ Bonang! Ke ne ke siiloe ke le mong.+ Bana—ba ne ba le hokae?’”+

22 Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Bonang! Ke tla phahamisa letsoho la ka lichabeng,+ le ho batho ke tla phahamisa pontšo+ ea ka. Ba tla tlisa bara ba hao sefubeng, ’me ba jare barali ba hao lehetleng.+ 23 Marena a tla fetoha bahlokomeli ba hao,+ le likhosatsana tsa ’ona li fetohe basali ba bahlokomeli bakeng sa hao. Ba tla u inamela lifahleho li shebile fatše,+ ’me ba tla nyeka lerōle la maoto a hao;+ ’me u tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova, eo ba ntšepang ba ke keng ba hlajoa ke lihlong ka eena.”+

24 Na ba seng ba nkiloe ba ka nkoa ho monna ea matla,+ kapa na sehlopha sa ba isitsoeng kholehong ke mohatelli se ka baleha?+ 25 Empa sena ke seo Jehova a se boletseng: “Esita le sehlopha sa ba isitsoeng kholehong ke monna ea matla se tla tlosoa,+ ’me ba seng ba ntse ba nkiloe ke mohatelli ba tla baleha.+ Ke tla loantša ea le loantšang,+ ’me bara ba lōna ke tla ba pholosa.+ 26 Ke tla etsa hore ba le tšoarang hampe ba je nama ea bona; ’me ba tla tahoa ke mali a bona joalokaha eka ba tahiloe ke veine e monate. Nama eohle e tla lokela ho tseba hore ’na, Jehova,+ ke Mopholosi+ oa hao le Morekolli oa hao,+ ke ’na Ea Matla oa Jakobo.”+

50 Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Joale, le hokae lengolo+ la tlhalo la ’m ’a lōna, eo ke itseng a tsamaee?+ Kapa ke ofe ho batho bao ke ba kolotang eo ke le rekisitseng ho eena?+ Bonang! Le rekisitsoe ka lebaka la liphoso tsa lōna,+ ’me ’m ’a lōna ho itsoe a tsamaee ka lebaka la litlōlo tsa lōna.+ 2 Ke hobane’ng ha ho ne ho se na motho ha ke kena?+ Ha ho ne ho se na ea arabang ha ke hoeletsa?+ Na ka sebele letsoho la ka le khutsufetse hoo le ke keng la lopolla,+ kapa na ha ke na matla a ho lopolla? Bonang! Ke pshesa leoatle+ ka khalemelo ea ka e matla;+ ke etsa hore linōka e be lefeella.+ Litlhapi tsa tsona li nkha hampe kahobane ho se na metsi, ’me li bolaoa ke lenyora.+ 3 Ke apesa maholimo ka ho fifala,+ ’me ke etsa lesela la mokotla seaparo sa ’ona.”+

4 ’Musi Morena Jehova o mphile leleme la ba rutiloeng,+ e le hore ka lentsoe ke tsebe ho araba ea khathetseng.+ O ntsosa hoseng ho hong le ho hong; o tsosa tsebe ea ka hore e utloe joaloka ba rutiloeng.+ 5 ’Musi Morena Jehova o butse tsebe ea ka, ’me ha kea ba lerabele.+ Ha kea ka ka retelehela ka lehlakoreng le fapaneng.+ 6 Ke file babolai mokokotlo oa ka, le marama+ a ka ke a file ba hlothang moriri. Ha kea ka ka pata sefahleho sa ka linthong tse tlotlollang le ho tšoeloa ka mathe.+

7 Empa ’Musi Morena Jehova o tla nthusa.+ Ke ka lebaka leo nke keng ka ikutloa ke tlotlolotsoe. Ke ka lebaka leo ke behileng sefahleho sa ka joaloka lejoe le thata, ’me kea tseba hore nke ke ka hlajoa ke lihlong.+ 8 Ea bolelang hore ke lokile o haufi.+ Ke mang ea ka tsekisanang le ’na? A re emeng hammoho.+ Ke mang eo e leng mohanyetsi oa ka kahlolong?+ A ke a nkatamele.+ 9 Bonang! ’Musi Morena Jehova o tla nthusa. Ke mang ea ka phatlalatsang hore ke khopo?+ Bonang! Kaofela ha bona, joaloka seaparo, ba tla tsofala.+ Ba tla jeoa ke tšoèlè.+

10 Ke mang har’a lōna ea tšabang+ Jehova, ea mamelang lentsoe la mohlanka oa hae,+ ea tsamaileng lefifing+ le sa khaotseng le eo ho sa bang le khanya bakeng sa hae? A ke a tšepe lebitso la Jehova+ ’me a itšetlehe ka Molimo oa hae.+

11 “Bonang! Lōna bohle ba hotetsang mollo, ba etsang hore litlhase li khanye, tsamaeang khanyeng ea mollo oa lōna, le har’a litlhase tseo le li hotelitseng. Ka sebele letsohong la ka le tla ba le sena: Le tla robala le le bohlokong bo boholo.+

51 “’Mameleng, lōna ba lelekisang ho loka,+ lōna ba batlang Jehova.+ Talimang lefika+ leo le fatiloeng ho lona, le sekoti seo le ntšitsoeng ho sona. 2 Talimang ntat’a+ lōna Abrahama+ le Sara+ eo qetellong a ileng a le tsoala ka bohloko ba pelehi. Etsoe o ne a le mong ha ke mo bitsa,+ eaba kea mo hlohonolofatsa ’me kea mo ngatafatsa.+ 3 Etsoe ka sebele Jehova o tla tšelisa Sione.+ Ka sebele o tla tšelisa libaka tsohle tsa eona tse ripitliloeng,+ ’me o tla etsa hore lefeella la eona le be joaloka Edene+ le thota ea eona ea lehoatata e be joaloka serapa sa Jehova.+ Thabo e khaphatsehang le nyakallo li tla fumanoa ho eona, liteboho le lentsoe la pina ea thoriso.+

4 “’Mameleng, Lōna sechaba sa ka; le lōna sehlopha sa sechaba sa ka,+ le ’mamele. Etsoe molao o tla tsoa ho ’na,+ ’me ke tla etsa hore qeto ea ka ea boahloli e lule joaloka leseli ho lichaba.+ 5 Ho loka ha ka ho haufi.+ Ka sebele poloko+ ea ka e tla tsoa, ’me matsoho a ka a tla ahlola lichaba.+ Lihlekehleke li tla ntšepa,+ ’me li tla letela letsoho la ka.+

6 “Phahamisetsang mahlo maholimong,+ ’me le talime tlaase lefatšeng. Etsoe maholimo a tla arohanngoa likoto joaloka mosi,+ ’me lefatše le tla tsofala joaloka seaparo,+ le baahi ba lona ba shoe joaloka monoang. Empa ha e le poloko ea ka, e tla ba teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+ ’me ho loka ha ka ho ke ke ha senngoa.+

7 “’Mameleng, lōna ba tsebang ho loka, sechaba seo molao oa ka o leng ka lipelong tsa sona.+ Le se ke la tšaba nyeliso ea batho ba shoang, ’me le se ke la tšosoa ke mantsoe a bona a nyefolang.+ 8 Etsoe ba tla jeoa ke tšoèlè joalokaha eka ke seaparo, ’me tšoèlè ea liaparo e ba je joalokaha eka ke boea.+ Empa ha e le ho loka ha ka, ho tla ba teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang, le poloko ea ka ho isa melokong e se nang palo.”+

9 Tsoha, tsoha, u ikapese matla,+ Uena letsoho la Jehova!+ Tsoha joaloka matsatsing a khale, joaloka melokong ea linakong tsa khale-khale.+ Na hase uena ea robakantseng Rahaba,+ ea hlabileng phoofolo ea tonanahali ea leoatle?+ 10 Na hase uena ea pshesitseng leoatle, metsi a boliba+ bo boholo? Ea entseng boliba ba leoatle tsela bakeng sa hore ba rekolotsoeng ba tšele?+ 11 Joale ba lopolotsoeng ba Jehova ba tla khutla ’me ba tle Sione ka mohoo oa thabo,+ ’me nyakallo e tla ba lihloohong tsa bona ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ Ba tla fihlela thabo e khaphatsehang le nyakallo.+ Ka sebele mesarelo le ho feheloa li tla baleha.+

12 “’Na—ke ’na Ea le tšelisang.+

“U mang hore u tšabe motho ea shoang ea tla shoa,+ le mora oa moloko oa batho ea tla etsoa hore a be joaloka joang bo botala?+ 13 Le hore u lebale Jehova Moetsi+ oa hao, Ea otlollang maholimo+ le ea ralang motheo oa lefatše,+ hoo u ileng ua tšoha letsatsi lohle ka lebaka la khalefo ea ea u pota-potang,+ joalokaha eka o ne a itokiselitse ho u felisa?+ E hokae khalefo ea ea u pota-potang?+

14 “Ka sebele ea inamang a tlamiloe ka liketane o tla lokolloa ka potlako,+ e le hore a se ke a ea ka sekoting+ a shoele le hore bohobe ba hae bo se ke ba haella.+

15 “Empa ’na, Jehova, ke Molimo oa hao, Ea fuluhang leoatle hore maqhubu a lona a loebehlane.+ Lebitso la hae ke Jehova oa mabotho.+ 16 Ke tla kenya mantsoe a ka molomong oa hao,+ ’me ka sebele ke tla u koahela ka moriti oa letsoho la ka,+ e le hore ke leme maholimo+ le ho rala motheo oa lefatše+ le ho re ho Sione, ‘Ke lōna sechaba sa ka.’+

17 “Tsoha, tsoha, phahama, Uena Jerusalema,+ uena ea noeleng letsohong la Jehova senoelo sa hae sa khalefo.+ Mopotjoana, senoelo se bakang ho thekesela, le se noele, le se minyelelitse.+ 18 Ha ho le ea mong oa bara+ bao a ba tsoetseng ea mo felehelitseng, ’me ha ho le ea mong oa bara bohle bao a ba hōlisitseng ea tšoereng letsoho la hae.+ 19 Lintho tseo tse peli li ile tsa u hlahela.+ Ke mang ea tla u utloela bohloko?+ Tlatlapo le thipitlo, le tlala le sabole!+ Ke mang ea tla u tšelisa?+ 20 Bara ba hao ba akhehile.+ Ba robetse mateanong a literata tsohle joaloka linku tse hlaha ka har’a letlooa,+ joaloka ba tletseng khalefo ea Jehova,+ khalemelo e matla ea Molimo oa hao.”+

21 Ka hona, ka kōpo, mamela sena Uena mosali+ ea hlorileng le ea tahiloeng, empa eseng ke veine.+ 22 Sena ke seo Morena oa hao, Jehova, Molimo oa hao, ea loanelang+ batho ba hae, a se boletseng: “Bona! Ke tla tlosa senoelo se bakang ho thekesela letsohong la hao.+ Mopotjoana, senoelo sa ka sa khalefo—ha u sa tla hlola u noela ho sona.+ 23 Ke tla se beha matsohong a ba u halefisang,+ ba itseng ho moea oa hao, ‘Inama e le hore re tšele,’ hoo u ileng ua sebelisa mokokotlo oa hao joaloka mobu, le joaloka seterata bakeng sa ba tšelang.”+

52 Tsoha, tsoha, u apare matla a hao,+ Uena Sione! Apara liaparo tsa hao tse ntle,+ Uena Jerusalema, motse o halalelang!+ Etsoe ha ho sa tla hlola ho kena ea sa bollang le ea sa hloekang ho uena.+ 2 Itlhohlore lerōle,+ ema, lula, Uena Jerusalema. Lokolla marapo a molaleng oa hao, Uena morali oa Sione ea isitsoeng kholehong.+

3 Etsoe sena ke seo Jehova a se boletseng: “Le rekisitsoe mahala,+ ’me le tla rekolloa ntle ho chelete.”+

4 Etsoe sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Batho ba ka ba theohetse Egepeta lekhetlong la pele hore ba lule teng e le bajaki;+ ’me Assyria ea ba hatella ntle ho lebaka.”

5 “Joale, ke eng seo ke se thahasellang moo?” ho bolela Jehova. “Kaha sechaba sa ka se nketsoe lefeela.+ Ba se busang ba ntse ba bokolla,”+ ho bolela Jehova, “’me kamehla, letsatsi lohle, lebitso la ka le ntse le hlompholloa.+ 6 Ka lebaka leo sechaba sa ka se tla tseba lebitso la ka,+ ka lona lebaka leo letsatsing leo, kahobane ke ’na Ea buang.+ Bonang! Ke ’na.”

7 A khahleha hakaakang lithabeng maoto+ a ea tlisang litaba tse molemo,+ ea phatlalatsang khotso,+ ea tlisang litaba tse molemo tsa ho hong ho molemo,+ ea phatlalatsang poloko,+ ea reng ho Sione: “Molimo oa hao ke morena!”+

8 Mamela! Balebeli+ ba hao ba phahamisitse mantsoe.+ Ba hoeletsa ka thabo ba kopane; etsoe ba tla bona+ ha Jehova a khutlisa Sione.+

9 Nyakallang, le hoeletse ka thabo le kopane, lōna libaka tse ripitliloeng tsa Jerusalema,+ etsoe Jehova o tšelisitse batho ba hae;+ o rekolotse Jerusalema.+ 10 Jehova o pepesitse letsoho la hae le halalelang ka pel’a mahlo a lichaba tsohle;+ ’me lipheletso tsohle tsa lefatše li tla bona poloko ea Molimo oa rōna.+

11 Tlohang, tlohang, tsoang mona,+ le se ke la ama letho le sa hloekang;+ tsoang har’a eona,+ le ipoloke le hloekile, lōna ba jarang lijana tsa Jehova.+ 12 Etsoe le ke ke la tsoa ka ho tšoha, ’me le ke ke la tsamaea le baleha.+ Etsoe Jehova o tla be a tsamaea ka pel’a lōna,+ ’me Molimo oa Iseraele e tla ba molebeli oa lōna ea ka morao.+

13 Bonang! Mohlanka+ oa ka o tla etsa ka temohisiso.+ O tla ba boemong bo phahameng ’me ka sebele o tla phahamisoa ’me a hōlisoe haholo.+ 14 Ho isa tekanyong eo ka eona ba bangata ba mo shebileng ka ho makala+—ho senyeha ha sebōpeho sa hae ho bile hoholo joalo mabapi le ponahalo+ ea hae ho feta ha motho leha e le ofe e mong le mabapi le sebōpeho+ sa hae se nang le seriti ho feta sa bara ba moloko oa batho— 15 ka ho tšoanang o tla tšosa lichaba tse ngata.+ Marena a tla koala melomo ka lebaka la hae,+ kahobane a tla bona seo a sa se pheteloang, ’me a tla nahana ka seo a sa kang a se utloa.+

53 Ke mang ea behileng tumelo nthong eo re e utloileng?+ Ha e le letsoho la Jehova,+ le senoletsoe mang?+ 2 O tla hlaha joaloka lekala+ ka pel’a e mong, le joaloka motso naheng e se nang metsi. Ha a na sebōpeho se nang le seriti, leha e le bokhabane;+ ’me ha re mo bona, ha a na ponahalo e tla etsa hore re mo labalabele.+

3 O ile a nyelisoa ’me a qojoa ke batho,+ motho ea reretsoeng bohloko le ho tloaelana le boloetse.+ E ne eka re pateloa sefahleho sa hae.+ O ile a nyelisoa, ’me ra mo nka e se oa bohlokoa.+ 4 Kannete o ile a jara maloetse a rōna;+ ’me ha e le bohloko ba rōna, o ile a bo jara.+ Empa ra lekanya hore oa otloa,+ o hlokofatsoa ke Molimo+ ’me oa hlorisoa.+ 5 Empa o ne a hlajoa+ ka lebaka la litlōlo tsa rōna;+ o ne a hatelloa ka lebaka la liphoso tsa rōna.+ Chapo e reretsoeng hore re be le khotso e bile holim ’a hae,+ ’me re fumane pholiso+ ka lebaka la maqeba a hae.+ 6 Re lelerile kaofela joaloka linku;+ e mong le e mong oa rōna o ile a leba tseleng ea hae; ’me Jehova o entse hore phoso ea rōna e tobane le eena.+ 7 O ile a ba tsietsing,+ ’me a itumella hore a hlorisoe;+ leha ho le joalo o ne a sa ahlamise molomo. O ne a tlisoa joaloka nku tlhabong;+ ’me joaloka nku e tšehali e fetohileng semumu ka pel’a bakuti ba eona, le eena o ne a sa ahlamise molomo.+

8 O ile a tlosoa ka lebaka la thibelo le kahlolo;+ ’me ke mang ea tla nahanisisa ka lintlha tse qaqileng tsa moloko oa hae?+ Etsoe o ile a tlosoa+ naheng ea ba phelang.+ O ile a fumana chapo+ ka lebaka la tlōlo+ ea sechaba sa ka. 9 O tla etsa sebaka sa hae sa lepato hammoho le ba khopo,+ le sehlopha sa barui lefung la hae,+ ho sa tsotellehe hore o ne a sa etsa pefo+ ’me ho se na thetso molomong oa hae.+

10 Empa Jehova o ile a thabela ho mo sithabetsa;+ o ile a mo kulisa.+ Haeba u tla beha moea oa hae e le nyehelo+ ea molato, o tla bona bana ba hae,+ o tla lelefatsa matsatsi a hae,+ ’me se thabeloang+ ke Jehova se tla atleha letsohong la hae.+ 11 Ka lebaka la khathatso ea moea oa hae o tla bona,+ a khotsofale.+ Ka lebaka la tsebo ea hae ea lokileng, mohlanka oa ka,+ o tla tlisa boemo bo lokileng ho batho ba bangata;+ ’me o tla jara liphoso tsa bona.+ 12 Ka lebaka leo ke tla mo fa kabelo har’a ba bangata,+ ’me thepa ea hae e hapuoeng o tla e arolelana le ba matla,+ ka lebaka la hore o tšolotse moea oa hae lefung,+ ’me o ile a balelloa le batlōli;+ o jere libe tsa batho ba bangata,+ ’me a kena lipakeng bakeng sa batlōli.+

54 “Hoeletsa ka thabo, uena nyopa e sa kang ea beleha!+ Nyakalla ka mohoo oa thabo ’me u tlerole litlatse,+ uena ea sa kang a ba le bohloko ba pelehi,+ etsoe bara ba ea lahliloeng ba bangata ho feta bara ba mosali ea nang le monghali eo e leng monna,”+ ho boletse Jehova. 2 “Etsa hore sebaka sa tente ea hao se be seholo.+ Ba otlolle masela a tente a tabernakele ea hao e khōlō. U se ke ua ithiba. Lelefatsa lithapo tsa hao tsa tente, ’me u tiise lithakhisa tsa hao tsa tente.+ 3 Etsoe u tla ea ka ho le letona le ka ho le letšehali,+ ’me bana ba hao ba tla hapa lichaba,+ ’me ba ahe metseng e entsoeng lesupi.+ 4 U se ke ua tšoha,+ etsoe u ke ke ua hlabisoa lihlong;+ ’me u se ke ua ikutloa u tlotlolotsoe, etsoe u ke ke ua soetseha.+ Etsoe u tla lebala le lihlong tsa nakong ea bocha ba hao,+ ’me ha u sa tla hopola nyeliso ea bohlolohali ba hao bo tsoelang pele.”

5 “Etsoe Moetsi+ oa hao e Moholo ke monghali+ eo e leng monna oa hao, lebitso la hae ke Jehova oa mabotho;+ ’me Mohalaleli oa Iseraele ke Morekolli+ oa hao. O tla bitsoa Molimo oa lefatše lohle.+ 6 Etsoe Jehova o u bitsitse joalokaha eka u mosali ea tlohetsoeng ka ho feletseng le ea utloileng bohloko moeeng,+ le joaloka mosali oa nakong ea bocha+ eo joale a ileng a lahloa,”+ Molimo oa hao o boletse.

7 “Ke u tlohetse ka ho feletseng+ ka motsotsoana, empa ke tla u bokella ka mehauhelo e meholo.+ 8 Ka motsotsoana ke ile ka u patela sefahleho sa ka ka moroallo oa khalefo,+ empa ke tla u hauhela ka mosa o lerato ho isa nakong e sa lekanyetsoang,”+ ho boletse Morekolli+ oa hao, Jehova.

9 “Ana a tšoana le matsatsi a Noe ho ’na.+ Feela joalokaha ke ile ka hlapanya hore metsi a Noe ha a sa tla hlola a feta holim ’a lefatše,+ kahoo ke hlapantse hore ha ke sa tla u halefela kapa ka u khalemela ka matla.+ 10 Etsoe lithaba li ka ’na tsa tlosoa, le maralla a ka ’na a sisinyeha,+ empa mosa oa ka o lerato o ke ke oa tlosoa ho uena,+ kapa hona hore selekane sa ka sa khotso se sisinyehe,”+ ho boletse Jehova, Ea u hauhelang.+

11 “Uena mosali ea hlorileng,+ ea akhotsoang+ ke sefefo se matla, ea sa tšelisoang,+ bona! ke beha majoe a hao ka seretse se thata,+ ’me ke tla rala motheo+ oa hao ka lisafire.+ 12 Ke tla etsa litora tsa hao ka lirubi, le liheke tsa hao ka majoe a hlenneng joaloka mollo,+ le meeli eohle ea hao ka majoe a thabisang. 13 Bara bohle ba hao+ e tla ba batho ba rutoang ke Jehova,+ ’me khotso ea bara ba hao e tla ba ngata.+ 14 U tla tiisoa ka thata ka ho loka.+ U tla ba hōle le khatello+—etsoe u ke ke ua tšaba le ea mong—le ntho leha e le efe e tšosang, kaha e ke ke ea u atamela.+ 15 Haeba mang kapa mang a ka hlasela, e ke ke ea e-ba ka taelo ea ka.+ Mang kapa mang ea u hlaselang o tla oa ka lebaka la hao.”+

16 “Bonang! Ke bōpile setsebi sa mesebetsi ea matsoho, se butsoelang+ mollo oa mashala+ a patsi le se hlahisang sebetsa e le mosebetsi oo se o entseng. Le ’na, ke bōpile motho+ ea senyang hore a etse mosebetsi oa ho senya. 17 Sebetsa leha e le sefe se tla etsoa khahlanong le uena se ke ke sa atleha,+ le leleme leha e le lefe le tla u tsohela matla kahlolong u tla le ahlola.+ Lena ke lefa la bahlanka ba Jehova,+ ’me ho loka ha bona ho tsoa ho ’na,” ho bolela Jehova.+

55 Helang, lōna bohle ba nyoriloeng!+ Tloong metsing.+ Le ba se nang chelete! Tloong, le reke ’me le je.+ E, tloong, le reke veine+ le lebese+ ntle ho chelete le ntle ho tefello.+ 2 Ke hobane’ng ha le ntse le lefa chelete bakeng sa seo e seng bohobe, ’me ke hobane’ng ha ho sehla ha lōna ho sa felle ka ho khotsofala?+ ’Mameleng ka hloko, ’me le je se molemo,+ ’me meea ea lōna e fumane thabo e phethehileng mononong.+ 3 Sekehang litsebe+ ’me le tle ho ’na.+ Mamelang, ’me meea ea lōna e tla tsoela pele e phela,+ ’me hang-hang ke tla hlaba le lōna selekane+ se hlolang ka nako e sa lekanyetsoang mabapi le lipontšo tse tšepahalang tsa mosa o lerato ho Davida.+ 4 Bonang! Ke fane ka eena+ e le paki+ ho lichaba,+ e le moeta-pele+ le molaoli+ oa lichaba.

5 Bona! U tla bitsa sechaba seo u sa se tsebeng,+ ’me batho ba sechaba se sa kang sa u tseba ba tla mathela ho uena,+ ka lebaka la Jehova Molimo+ oa hao, le ka lebaka la Mohalaleli oa Iseraele,+ kahobane o tla be a u khabisitse.+

6 Batlang Jehova, ha a sa ntse a ka fumanoa.+ Mo bitseng ha a sa ntse a le haufi.+ 7 Motho ea khopo a tlohele tsela+ ea hae, le motho ea kotsi a tlohele menahano+ ea hae; a ke a khutlele ho Jehova, ea tlang ho mo hauhela,+ le ho Molimo oa rōna, etsoe o tla tšoarela ka tsela e khōlō.+

8 “Etsoe menahano ea lōna hase menahano ea ka,+ leha e le hore litsela tsa ka ke litsela tsa lōna,”+ ho bolela Jehova. 9 “Etsoe joalokaha maholimo a phahametse lefatše,+ le litsela tsa ka li phahametse litsela tsa lōna,+ le menahano ea ka e phahametse menahano ea lōna.+ 10 Etsoe feela joalokaha pula e tšolohang, le lehloa, li theoha maholimong ’me li sa khutlele sebakeng seo, ntle le hore li nosetse lefatše ’me li etse hore le be le lihlahisoa ’me le hlomele,+ ’me mojali a fumane peō le ea jang a fumane bohobe,+ 11 le lentsoe la ka le tsoang molomong oa ka le tla ba joalo.+ Le ke ke la khutlela ho ’na le se na litholoana,+ empa ka sebele le tla etsa seo ke se thabelang,+ ’me ka sebele le tla atleha ho seo ke le rometseng sona.+

12 “Etsoe le tla tsamaea ka thabo,+ ’me le tlisoe ka khotso.+ Lithaba le maralla li tla nyakalla ka pel’a lōna ka mohoo oa thabo,+ ’me lifate tsohle tsa naha li tla opa liatla.+ 13 Ho tla hlaha sefate sa junipere ho e-na le mofero oa meutloa.+ Ho tla hlaha sefate sa myrte ho e-na le bobatsi bo solang.+ Ho Jehova e tla ba ntho e tsebahalang,+ pontšo e ke keng ea felisoa ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”+

56 Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Bolokang toka,+ ’me le etse se lokileng.+ Etsoe poloko ea ka e se e tla ba teng,+ le ho loka ha ka ho se ho tla senoloa.+ 2 Ho thaba motho ea shoang ea etsang sena,+ le mora oa moloko oa batho ea tšoarellang ho sona,+ ea bolokang sabatha e le hore a se ke a e silafatsa,+ le ea thibang letsoho la hae e le hore a se ke a etsa bobe ba mofuta leha e le ofe.+ 3 Motho osele ea ikopantseng le Jehova a se ke a re,+ ‘Ntle ho pelaelo Jehova o tla nkarola ho batho ba hae.’+ Kapa leqhalaha+ le re, ‘Bonang! ’Na ke sefate se omeletseng.’”

4 Etsoe sena ke seo Jehova a se boletseng ho maqhalaha a bolokang lisabatha tsa ka le a khethileng seo ke se thabelang+ le a tšoarellang selekaneng sa ka:+ 5 “Ke tla a fa sefika+ le lebitso+ ka tlung+ ea ka le ka har’a marako a ka, ntho e molemo ho feta bara le barali.+ Ke tla a+ fa lebitso ho isa nakong e sa lekanyetsoang, le ke keng la felisoa.+

6 “Batho basele ba ikopantseng le Jehova hore ba mo sebeletse+ le hore ba rate lebitso la Jehova,+ e le hore e be bahlanka ba hae, bohle ba bolokang sabatha e le hore ba se ke ba e silafatsa le ba tšoarellang selekaneng sa ka,+ 7 ke tla boela ke ba tlise thabeng+ ea ka e halalelang ’me ke etse hore ba thabe ka har’a ntlo ea ka ea thapelo.+ Linyehelo+ tsa bona tsa secheso tse feletseng le mahlabelo+ a bona a tla amoheloa aletareng ea ka.+ Etsoe ntlo ea ka e tla bitsoa ntlo ea thapelo bakeng sa lichaba tsohle.”+

8 Se boleloang ke ’Musi Morena Jehova, ea bokellang batho ba qhalakantsoeng ba Iseraele,+ ke sena: “Ke tla bokella ho eena ba bang ntle ho batho ba hae ba seng ba bokeletsoe.”+

9 Lōna liphoofolo tsohle tse hlaha tsa naha e sabaletseng, tloong le tl’o ja, lōna liphoofolo tsohle tse hlaha tsa moru.+ 10 Balebeli ba hae ba foufetse.+ Ha ho le ea mong oa bona ea elang hloko.+ Kaofela ha bona ke lintja tse sa khoneng ho bua; ha ba khone ho bohola,+ baa hemesela, baa robala, ba rata ho re shoa!+ 11 Ke lintja tse nang le takatso e matla ea moea;+ ha ba khotsofale.+ Hape ke balisa ba sa tsebeng ho utloisisa.+ Kaofela ha bona ba retelehetse tseleng ea bona, e mong le e mong bakeng sa phaello ea hae ea ho hloka toka moeling oa hae:+ 12 “Tloong! A nke ke noe veine; ’me re ke re noeng joala bo tahang ka tekanyo e fetisisang.+ ’Me ka sebele hosasane ho tla tšoana le kajeno, ka tsela e khōlō haholo.”+

57 Ea lokileng o timetse,+ empa ha ho ea tebisetsang seo pelong.+ Batho ba nang le mosa o lerato ba nkeloa ho ba shoeleng,+ ’me ha ho ea lemohang hore ke ka lebaka la tlokotsi hore ebe ea lokileng o nkiloe.+ 2 O kena khotsong;+ ba phomola+ libetheng tsa bona,+ e mong le e mong ea tsamaeang ka ho loka.+

3 “Ha e le lōna, atamelang mona,+ lōna bara ba senohe sa mosali,+ peō ea motho ea febang le ea mosali ea etsang botekatse:+ 4 Le ithabisa ka lebaka la mang?+ Ke mang eo le ntseng le mo ahlamisetsa melomo, le chalitsa maleme?+ Na ha le bana ba tlōlo, peō ea leshano,+ 5 ba tsosang takatso e matla har’a lifate tse khōlō,+ tlas’a sefate se seng le se seng se behang haholo,+ ba bolaeang bana liphuleng tsa molapo o phoroselang tlas’a mafaru a mafika?+

6 “Kabelo ea hao e bile majoe a boreleli a phula ea molapo o phoroselang.+ ’Ona—e bile kabelo ea hao.+ Ho feta moo, u ile ua a tšella nyehelo+ ea seno, ua nyehela mpho. Na nka itšelisa ka lebaka la lintho tsee?+ 7 U behile bethe ea hao thabeng e holimo le e phahameng.+ Hape u nyolohetse teng ho ea nyehela sehlabelo.+ 8 U behile sehopotso+ sa hao ka mor’a lemati le kosene ea monyako. Etsoe kantle le ’na u ile ua hlobola ’me ua nyoloha; ua etsa hore bethe ea hao e be khōlō.+ Ua iketsetsa selekane le bona. U ratile ho ba betheng le bona.+ U ile ua bona setho sa botona. 9 Ua theohela Meleke ka oli, ’me ua ’na oa etsa hore mafura a hao a be mangata.+ Ua tsoela pele ho romela baromuoa ba hao hōle, hoo u ileng ua theolela litaba Sheole.+ 10 U sehlile litseleng tsa hao tse ngata.+ Ha ua ka ua re, ‘Ha ho na thuso!’ U fumane ho tsosolosoa ha matla a hao.+ Ke ka lebaka leo u sa kang ua kula.+

11 “U tšohile mang ’me u tšaba mang,+ hoo u ileng ua bua leshano?+ Empa hase ’na eo u mo hopotseng.+ Ha ua tebisetsa letho pelong.+ Na ke ne ke sa khutsa ’me ke patile litaba?+ Kahoo u ne u sa tšabe esita le ’na.+ 12 Ke tla bolela ho loka ha hao+ le mesebetsi ea hao,+ hore e ke ke ea u ruisa molemo.+ 13 Ha u hoeletsa ho kōpa thuso lintho tseo u li bokeletseng li ke ke tsa u lopolla,+ empa moea o tla li fefola kaofela.+ Pululo e tla li nka, empa ea tšabelang ho ’na+ o tla rua naha ’me a rue thaba ea ka e halalelang.+ 14 Ka sebele e mong o tla re, ‘Etsang tutulu, etsang tutulu! Hlekang tsela.+ Tlosang tšitiso leha e le efe tseleng ea batho ba ka.’”+

15 Etsoe sena ke seo Ea Holimo le Ea Phahameng,+ ea lulang ka ho sa feleng+ le eo lebitso la hae le halalelang,+ a se boletseng: “Ke lula phahameng le sebakeng se halalelang,+ hape ke lula le ea hateletsoeng le ea moea+ o ikokobelitseng, hore ke hlasimolle moea oa ba ikokobelitseng le ho hlasimolla lipelo tsa ba hateletsoeng.+ 16 Etsoe nke ke ka loana ho isa nakong e sa lekanyetsoang, kapa ka halefa ka ho sa feleng;+ etsoe ka lebaka la ka moea o tla tepella,+ esita le libōpuoa tse phefumolohang tseo ke li entseng.+

17 “Ke ile ka halefela ho fosahala ha phaello ea hae ea ho hloka toka,+ eaba kea mo otla, ka pata sefahleho sa ka,+ ha ke ntse ke halefile. Empa a ’na a tsamaea joaloka mokoenehi+ tseleng ea pelo ea hae. 18 Ke bone litsela tsa hae; ka qala ho mo folisa+ le ho mo tsamaisa+ le ho mo buseletsa ka matšeliso+ eena le batho ba hae ba siameng.”+

19 Jehova o itse: “Ke bōpa litholoana tsa molomo.+ Ho tla ba le khotso e sa khaotseng ho ea leng hōle le ho ea leng haufi,+ ’me ke tla mo folisa.”+

20 “Empa ba khopo ba joaloka leoatle le ntseng le akhotsoa, ha le sa khone ho kokobela, leo metsi a lona a akhotsang litlama-tlama tsa leoatle le seretse. 21 Ha ho na khotso bakeng sa ba khopo,” ho boletse Molimo oa ka.+

58 “Hoeletsa ka lentsoe le phahameng; u se ke ua ithiba.+ Phahamisa lentsoe joaloka lenaka, ’me u bolelle batho ba ka bofetoheli ba bona,+ le ntlo ea Jakobo libe tsa eona. 2 Leha ho le joalo ke ’na eo ba neng ba mo batla letsatsi le letsatsi, ’me ba ne ba bolela hore ba thabela ho tseba litsela tsa ka,+ joaloka sechaba se etsang ho loka le se sa kang sa tlohela toka ea Molimo oa sona,+ ka hore ba ’nile ba kōpa likahlolo tse lokileng ho ’na, ho atamela ho Molimo eo ba mo thabelang,+

3 “‘Re itimme lijo ka lebaka lefe ’me ua se ke ua bona,+ ra hlorisa meea+ ea rōna eaba ha u ele hloko?’+

“Le ile la thabela letsatsi leo le itimmeng lijo ka lona, ha ho ne ho e-na le batho bohle ba lōna ba sehlang bao le ’nileng la ba qobella ho sebetsa.+ 4 Le ne le itima lijo bakeng sa qabang le ntoa,+ le bakeng sa ho otla ka setebele sa bokhopo.+ Na ha lea ka la itima lijo joaloka letsatsing la ha le etsa hore mantsoe a lōna a utluoe phahameng? 5 Na ho itima lijo hoo ke ho khethang ho lokela ho ba tjee, joaloka letsatsi leo ka lona motho oa lefatše a hlorisang moea oa hae?+ Bakeng sa ho inamisa hlooho ea hae joaloka loli, le hore a phutholle lesela la mokotla le molora joaloka setulo+ sa hae se kang bethe? Na see ke sona seo le se bitsang ho itima lijo le letsatsi le amohelehang ho Jehova?+

6 “Na hona hase ho itima lijo hoo ke ho khethang? Ho lokolla litlamo tsa bokhopo,+ ho lokolla marapo a joko,+ le ho re ba hateletsoeng ba tsamaee ba lokolohile,+ le hore le khaole joko e ’ngoe le e ’ngoe likoto tse peli?+ 7 Na hase hore le arolele ea lapileng bohobe,+ le hore le tlise batho ba hlorileng, ba hlokang mahae ka matlung a lōna?+ Hore, haeba le bona ea hlobotseng, le mo apese,+ le hore le se ke la ipatela nama ea lōna?+

8 “Tabeng eo leseli la lōna le ne le tla khanya joaloka mafube;+ ’me le ne le tla fola ka potlako.+ Ka sebele ho loka ha lōna ho ne ho tla tsamaea ka pel’a lōna;+ khanya ea Jehova e ne e tla ba molebeli oa lōna ea ka morao.+ 9 Tabeng eo le ne le tla hooa, ’me Jehova o ne a tla araba; le ne le tla hoeletsa ho kōpa thuso,+ ’me o ne a tla re, ‘Ke ’na enoa!’

“Haeba le tlosa joko har’a lōna,+ ho supa ha lōna ka monoana+ le ho bua se kotsi;+ 10 ’me le fa ea lapileng takatso ea lōna ea moea,+ ’me le khotsofatsa moea o hlorisoang, ka sebele leseli la lōna le tla khanya lefifing, le botšo ba lōna bo be joaloka motšehare.+ 11 Jehova o tla tlameha ho le tsamaisa+ kamehla+ le ho khotsofatsa meea ea lōna naheng e omeletseng,+ ’me o tla matlafatsa masapo a lōna;+ le tla tšoana le serapa se nang le metsi a mangata,+ le tšoane le mohloli oa metsi, oo metsi a oona a ke keng a thetsa. 12 Ka tšusumetso ea lōna ka sebele batho ba tla haha libaka tse ripitliloeng nako e telele;+ le tla tsosa metheo ea meloko e tsoelang pele.+ Le tla bitsoa ba lokisang likheo,+ ba tsosolosang litsela tseo ho tla luloa ho tsona.

13 “Haeba ka lebaka la sabatha le tla khutlisa maoto a lōna tabeng ea ho etsa seo le se thabelang ka letsatsi la ka le halalelang,+ ’me le bitse sabatha thabo ea lōna e phethehileng, letsatsi le halalelang la Jehova, le tlotlisoang,+ ’me le le tlotlise ho e-na le ho etsa litsela tsa lōna, ho e-na le ho batla se le thabisang le ho bua lentsoe; 14 tabeng eo le tla fumana thabo e phethehileng ho Jehova,+ ’me ke tla le palamisa libakeng tse phahameng tsa lefatše;+ ’me ke tla etsa hore le je lefa la moholo-holo oa lōna Jakobo,+ kaha molomo oa Jehova o ho boletse.”+

59 Bonang! Letsoho la Jehova ha lea khutsufala hoo le ke keng la pholosa,+ leha e le hore tsebe ea hae e thibane hoo e ke keng ea utloa.+ 2 Che, empa liphoso tsa lōna ke lintho tse bakang karohano pakeng tsa lōna le Molimo+ oa lōna, ’me libe tsa lōna li entse hore a le patele sefahleho hore a se ke a utloa.+ 3 Etsoe matsoho a lōna a silafalitsoe ke mali,+ le menoana ea lōna e silafalitsoe ke phoso. Melomo ea lōna e buile leshano.+ Maleme a lōna a ’nile a honotha ho se loke.+ 4 Ha ho ea hoeletsang ka ho loka,+ ’me ho hang ha ho ea ileng khotla ka botšepehi. Ho tšepiloe ntho eo e seng ea sebele,+ ’me ho buuoa se se nang thuso.+ Ho emotsoe khathatso, ’me ha tsoaloa se kotsi.+

5 Ba qhotsitse mahe a noha e chefo, ’me ba ’na ba loha tepo ea sekho.+ Mang kapa mang ea jang mahe a bona o tla shoa, ’me lehe le pshatliloeng le tla qhotsoa e be marabe.+ 6 Tepo ea bona e ke ke ea e-ba seaparo, leha e le hore ba tla ikoahela ka mesebetsi ea bona.+ Mesebetsi ea bona ke mesebetsi e kotsi, ’me mosebetsi oa pefo o matsohong a bona.+ 7 Maoto a bona a ntse a mathela bobeng,+ ’me ba potlakela ho tšolla mali a se nang molato.+ Menahano ea bona ke menahano e kotsi;+ tlatlapo le thipitlo li litseleng tsa bona tse khōlō.+ 8 Ba hlokomolohile tsela ea khotso,+ ’me ha ho toka litseleng tsa bona.+ Ba khopamisitse litsela tsa bona.+ Ha ho ea hatang ho tsona ea tla tseba khotso.+

9 Ke ka lebaka leo toka e leng hōle le rōna, le ho loka ho sa re fumaneng. Re ntse re lebeletse leseli, empa, bonang! lefifi; re lebeletse khanya, empa ra ’na ra tsamaea botšong bo sa khaotseng.+ 10 Re ntse re phopholetsa lebota joaloka lifofu, ’me re ntse re phopholetsa joaloka ba se nang mahlo.+ Re khopiloe motšehare o moholo joalokaha eka ke shoalane; har’a linatla re joaloka batho ba shoeleng.+ 11 Re ntse re bobola, kaofela ha rōna, joaloka libere; ’me re ntse re kuruetsa re siame joaloka maeba.+ Re ’nile ra lebella toka,+ empa e ne e le sieo; ra lebella poloko, empa e lutse hōle le rōna.+ 12 Etsoe bofetoheli ba rōna bo ngatafetse ka pel’a hao;+ ha e le libe tsa rōna, se seng le se seng se pakile khahlanong le rōna.+ Etsoe bofetoheli ba rōna bo ho rōna; ha e le liphoso tsa rōna, re li tseba hantle.+ 13 Ho bile le ho etsa tlōlo le ho latola Jehova;+ ho bile le ho tloha ho Molimo oa rōna, ho bua ka khatello le bofetoheli,+ ho nahana le ho honotha mantsoe a leshano ho tsoa ka pelong.+ 14 Toka e ile ea qobelloa ho boela morao,+ ’me ho loka ha ’na ha emella hōle.+ Etsoe ’nete e khopiloe lepatlelong, ’me se nepahetseng ha se khone ho kena.+ 15 ’Nete ea haella,+ ’me e mong le e mong ea furallang bobe oa tlatlapuoa.+

Jehova o bone, ’me ho bile hobe mahlong a hae hore ebe ha ho na toka.+ 16 Ha a bona hore ho ne ho se na motho, a qala ho iponahatsa a maketse hore ebe ho ne ho se na ea kenang lipakeng.+ Eaba letsoho la hae le pholosa bakeng sa hae, ’me ho loka ha hae ke hona ho ileng ha mo tšehetsa.+ 17 Joale a apara ho loka joaloka seaparo se makhakhapha a tšepe,+ ’me a roala helmete ea poloko hloohong.+ Ho feta moo, a apara liaparo tsa phetetso+ ’me a ikapesa cheseho joalokaha eka ke seaparo se se nang matsoho.+ 18 O tla putsa ka ho lekanang tumellanong le mesebetsi,+ khalefo ho bahanyetsi ba hae, tšoaro e loketseng ho lira tsa hae.+ Ho lihlekehleke o tla buseletsa tšoaro e loketseng.+ 19 Ho tloha bophirima-tsatsi ba tla qala ho tšaba lebitso la Jehova,+ ’me ho tloha bochaba-tsatsi ba tšabe khanya ea hae,+ etsoe o tla tla joaloka nōka e bakang mahlomola, eo moea oa Jehova o entseng hore e phalle.+

20 “Ka sebele Morekolli+ o tla tla Sione,+ ’me a tle le ho ba furallang tlōlo Jakobo,”+ ho bolela Jehova.

21 “Ha e le ’na, sena ke selekane sa ka le bona,”+ ho boletse Jehova.

“Moea oa ka o leng ho uena+ le mantsoe a ka ao ke a kentseng molomong oa hao+—a ke ke a tlosoa molomong oa hao kapa molomong oa bana ba hao kapa molomong oa bana ba bana ba hao,” ho boletse Jehova, “ho tloha joale ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”+

60 “Tsoha,+ Uena mosali, khantša leseli,+ etsoe leseli la hao le tlile+ ’me khanya ea Jehova e u chabetse.+ 2 Etsoe, bona! lefifi+ le tla koahela lefatše, ’me botšo bo boholo bo koahele lichaba; empa Jehova o tla u chabela, ’me khanya ea hae e tla bonoa ho uena.+ 3 Ka sebele lichaba li tla ea leseling la hao,+ le marena+ a ee khanyeng ea leseli la hao.+

4 “Phahamisetsa mahlo a hao ka hohle ’me u bone! Kaofela ha bona ba phuthehile;+ ba tlile ho uena.+ Bara ba hao ba ntse ba tla ba tsoa hōle, le barali ba hao ba tlang ho hlokomeloa ba le lehlakoreng.+ 5 Ka nako eo u tla bona ’me ka sebele u tlale thabo,+ ’me pelo ea hao e tla thothomela e kokomohe, hobane leruo la leoatle le tla leba ho uena; maruo a lichaba a tla tla ho uena.+ 6 Mohlape o nyolohang oa likamele o tla u koahela, likamele tse nyenyane tse tona tsa Midiane le tsa Efa.+ Bohle ba Sheba+—ba tla tla. Ba tla nka khauta le libano tse tšoeu. Ba tla tsebahatsa lithoriso tsa Jehova.+ 7 Mehlape eohle ea Kedare+—e tla bokelloa ho uena. Lipheleu tsa Nebajothe+—li tla u sebeletsa.+ Ka tumello li tla nyolohela aletareng ea ka,+ ’me ke tla khabisa ntlo ea ka e ntle.+

8 “Ke bo-mang baa ba tlang ba fofa joaloka leru,+ le joaloka maeba a eang masobeng a matloana a ’ona? 9 Lihlekehleke li tla lula li ntebeletse,+ le likepe tsa Tarshishe+ joaloka pele, e le hore li tlise bara ba hao ba tsoa hōle,+ ba e-na le silevera ea bona le khauta ea bona,+ lebitsong+ la Jehova Molimo oa hao le ho Mohalaleli oa Iseraele,+ etsoe o tla be a u khabisitse.+ 10 Basele ba tla u hahela marako,+ marena a bona a u sebeletse;+ etsoe ke tla be ke u otlile khalefong ea ka,+ empa ka sebele kamohelong ea ka ke tla u hauhela.+

11 “Liheke tsa hao li tla lula li butsoe kamehla;+ li ke ke tsa koaloa motšehare kapa bosiu, e le hore u tlisetsoe maruo a lichaba,+ ’me marena a tsona a tla etella pele.+ 12 Etsoe sechaba leha e le sefe le ’muso leha e le ofe o ke keng oa u sebeletsa o tla timela; ’me ruri lichaba li tla ripitloa.+

13 “Khanya ea Lebanone e tla tla ho uena, sefate sa junipere, sefate se nang le makala a kang molora le kyprese ka nako e tšoanang,+ bakeng sa ho khabisa sebaka sa sehalalelo sa ka;+ ’me ke tla tlotlisa sebaka sa maoto a ka.+

14 “Bara ba ba u hlorisang ba tla ea ho uena, ba iname;+ ’me bohle ba u hlomphollang ba tla khumama bohatong ba maoto a hao,+ ’me ba tla lokela ho u bitsa motse oa Jehova, Sione+ ea Mohalaleli oa Iseraele.

15 “Ho e-na le hore u be ea tlohetsoeng ka ho feletseng le ea hloiloeng, ho se ea fetang,+ ke tla u beha hore u be ntho eo ho ithorisoang ka eona ho isa nakong e sa lekanyetsoang, thabo e khaphatsehang molokong o mong ka mor’a o mong.+ 16 U tla anya lebese la lichaba,+ ’me u tla anya matsoele a marena;+ ka sebele u tla tseba hore ’na, Jehova,+ ke Mopholosi oa hao,+ ’me Ea Matla+ oa Jakobo ke Morekolli oa hao.+ 17 Ke tla tlisa khauta ho e-na le koporo,+ ke tla tlisa silevera ho e-na le tšepe, ’me ke tla tlisa koporo, ho e-na le lehong, ke tlise tšepe, ho e-na le majoe; ke tla beha khotso hore e be balebeli+ ba hao le ho loka hore e be ba u abelang mosebetsi.+

18 “Pefo ha e sa tla hlola e utluoa naheng ea heno, tlatlapo kapa thipitlo har’a meeli ea heno.+ Ka sebele u tla bitsa marako a hao Poloko+ le liheke tsa hao Thoriso. 19 Letsatsi ha e sa tla hlola e e-ba leseli la hao motšehare, ’me bakeng sa khanya khoeli ha e sa tla hlola e u fa leseli. Ho uena Jehova o tla fetoha leseli le hlolang ka nako e sa lekanyetsoang,+ ’me Molimo oa hao e be botle ba hao.+ 20 Letsatsi la hao ha le sa tla hlola le likela, kapa khoeli ea hao e fifale; etsoe ho uena Jehova o tla fetoha leseli le hlolang ka nako e sa lekanyetsoang,+ ’me matsatsi a ho siama ha hao a tla be a phethehile.+ 21 Ha e le batho ba hao, kaofela ha bona e tla ba ba lokileng;+ ba tla rua naha ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+ lehlōmela la seo ke se lemileng,+ mosebetsi oa matsoho a ka,+ hore ke tlotlisoe.+ 22 E monyenyane o tla fetoha ba sekete, ’me ea fokolang e be sechaba se matla.+ ’Na, Jehova, ke tla ho potlakisa ka nako ea teng.”+

61 Moea oa ’Musi Morena Jehova o holim ’a ka,+ ka lebaka la hore Jehova o ntlotselitse+ hore ke bolelle ba bonolo litaba tse molemo.+ O nthometse hore ke tlamise ba robehileng lipelo,+ ke phatlalatse tokoloho ho ba isitsoeng kholehong+ le ho tutuboloha ho hoholo ha mahlo ho batšoaruoa;+ 2 ho phatlalatsa selemo sa Jehova+ sa kamohelo le letsatsi la phetetso la Molimo+ oa rōna; ho tšelisa bohle ba siameng;+ 3 ho abela ba siametseng Sione, ho ba fa se roaloang hloohong ho e-na le molora,+ oli ea thabo e khaphatsehang+ ho e-na le ho siama, seaparo sa ka holimo sa thoriso ho e-na le moea o nyahameng;+ ’me ba tla bitsoa lifate tse khōlō tsa ho loka,+ tse lemiloeng ke Jehova,+ hore a tlotlisoe.+ 4 Ba tla tsosolosa libaka tseo e leng khale li ripitliloe;+ ba tla tsosa masupi a linakong tsa khale,+ ’me ka sebele ba tla nchafatsa metse e ripitliloeng,+ libaka tseo e bileng lesupi ho isa molokong o mong ka mor’a o mong.

5 “Basele ba tla ema ’me ba lise mehlape ea lōna,+ basele+ e tla ba lihoai tsa lōna le balemi ba lōna ba morara.+ 6 Ha e le lōna, le tla bitsoa baprista ba Jehova;+ ho tla thoe le basebeletsi+ ba Molimo oa rōna.+ Le tla ja maruo a lichaba,+ ’me khanyeng ea tsona le tla ipolela ka nyakallo.+ 7 Ho e-na le lihlong tsa lōna ho tla ba le kabelo e mennoeng habeli,+ ’me ho e-na le tlotlollo ba tla hoeletsa ka thabo ka lebaka la kabelo ea bona.+ Ka hona naheng ea bona ba tla rua kabelo e mennoeng habeli.+ Ba tla thaba ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ 8 Etsoe ’na, Jehova, ke rata toka,+ ke hloile tlatlapo hammoho le ho se loke.+ Ke tla fana ka moputso oa bona ka ’nete,+ ’me ke hlabe selekane se hlolang ka nako e sa lekanyetsoang le bona.+ 9 Bana ba bona ba tla tsejoa har’a lichaba,+ le litloholo tsa bona har’a lichaba. Bohle ba ba bonang ba tla ba tseba,+ hore ke bana bao Jehova a ba hlohonolofalitseng.”+

10 Ruri ke tla ithabela ho Jehova.+ Moea oa ka o tla ithabela ho Molimo oa ka.+ Etsoe o nkapesitse liaparo tsa poloko;+ o nkapesitse seaparo se se nang matsoho sa ho loka,+ joaloka monyali eo, ka tsela ea boprista, a roalang se roaloang hloohong,+ le joaloka monyaluoa ea ikhabisang ka mekhabiso ea hae.+ 11 Etsoe joalokaha lefatše le hlahisa lehlōmela la lona, le joalokaha serapa se etsa hore lintho tse jetsoeng ho sona li mele,+ ka mokhoa o tšoanang ’Musi Morena Jehova o tla etsa hore ho mele ho loka+ le thoriso ka pel’a lichaba tsohle.+

62 Ka lebaka la Sione nke ke ka khutsa,+ ’me ka lebaka la Jerusalema+ nke ke ka khutsa ho fihlela ho loka ha hae ho hlaha joaloka khanya,+ le poloko ea hae joaloka serumula se tukang.+

2 “Ka sebele lichaba li tla bona ho loka ha hao,+ Uena mosali,+ ’me marena ’ohle a bone khanya ea hao.+ U tla bitsoa ka lebitso le lecha,+ leo molomo oa Jehova o tla le khetha. 3 U tla fetoha moqhaka oa botle letsohong la Jehova,+ le tuku ea borena letsohong la Molimo oa hao. 4 Ha ho sa tla hlola ho thoe u mosali ea tlohetsoeng ka ho feletseng;+ ’me ha ho sa tla hlola ho thoe naha ea hao ke lesupi;+ empa u tla bitsoa Thabo ea Ka e ho Eena,+ naha ea hao e bitsoe Ea Ruiloeng Joaloka Mosali. Etsoe Jehova o tla ithabela ho uena, ’me naha ea hao e tla ruuoa joaloka mosali.+ 5 Etsoe feela joalokaha mohlankana a rua moroetsana joaloka mosali oa hae, bara ba hao ba tla u rua joaloka mosali oa bona.+ Ka thabo e khaphatsehang eo monyali a bang le eona ka monyaluoa,+ Molimo oa hao o tla ithabela ho uena.+ 6 Uena Jerusalema, ke behile balebeli marakong a hao.+ Motšehare oohle le bosiu bohle, kamehla, ba se ke ba lula ba tsitsitse.+

“Lōna ba buang ka Jehova,+ le se ke la khutsa,+ 7 ’me le se ke la mo fa khutso ho fihlela a tiisa, e, ho fihlela a tiisa Jerusalema joaloka thoriso lefatšeng.”+

8 Jehova o hlapantse ka letsoho+ la hae le letona le ka letsoho la hae le matla:+ “Ha ke sa tla hlola ke fana ka lijo-thollo tsa hao e le lijo ho lira tsa hao,+ kapa basele ba noe veine ea hao e ncha,+ eo u e sehletseng. 9 Empa ba li bokellang ba tla li ja, ’me ka sebele ba rorise Jehova; ba e bokellang ba tla e noella mabaleng a ka a halalelang.”+

10 Tsoang, tsoang lihekeng. Hlekang tsela ea batho.+ Etsang tutulu, etsang tutulu tseleng e khōlō. Tlosang majoe ho eona.+ Phahamisang pontšo bakeng sa lichaba.+

11 Bonang! Jehova o entse hore e utluoe karolong e hōle-hōle ea lefatše:+ “E-reng ho morali oa Sione,+ ‘Bona! Poloko ea hao ea tla.+ Bona! Moputso oo a fanang ka oona o ho eena,+ ’me moputso oo a o lefang o ka pel’a hae.’”+

12 Ka sebele batho ba tla ba bitsa sechaba se halalelang,+ se rekolotsoeng ke Jehova;+ ’me u tla bitsoa Ea Batloang, Motse o sa Tloheloang ka ho Feletseng.+

63 Ke mang enoa ea tsoang Edomo,+ ea apereng liaparo tse mebala e khanyang ea Bozra,+ enoa eo liaparo tsa hae li hlomphehang, ea tsamaeang matleng a hae a maholo?

“Ke ’na, Ea buang ka ho loka,+ Ea atetsoeng ke matla a ho pholosa.”+

2 Ke hobane’ng ha liaparo tsa hao li le khubelu, le liphahlo tsa hao li tšoana le tsa ea hatakelang sehatelo sa veine?+

3 “Ke hataketse bate ea veine ke le mong,+ ha ho ne ho se na motho eo ke nang le eena ho lichaba. Ka ’na ka ba hatakela bohaleng ba ka,+ ka ’na ka ba hatakela khalefong ea ka.+ Mali a bona a tšikhunyang a ’na a qaphaletsa liaparo tsa ka,+ ’me ke silafalitse liphahlo tsohle tsa ka. 4 Etsoe letsatsi la phetetso le pelong ea ka,+ ’me selemo sa batho ba ka ba rekolotsoeng se fihlile. 5 Ka ’na ka talima, empa ho ne ho se na mothusi; eaba ke qala ho iponahatsa ke maketse, empa ho ne ho se na ea fanang ka tšehetso.+ Kahoo letsoho la ka la mpha poloko,+ ’me ka tšehetsoa ke khalefo ea ka.+ 6 Ka ’na ka hatakela lichaba bohaleng ba ka, ka li tahisa ka khalefo ea ka+ ’me ka theolela lefatšeng mali a tsona a tšikhunyang.”+

7 Ke tla bolela mosa oa Jehova o lerato,+ lithoriso tsa Jehova, ho ea ka sohle seo Jehova a re etselitseng sona,+ esita le molemo o mongata ho ntlo ea Iseraele+ oo a e fileng oona ho ea ka mehauhelo+ ea hae le ho ea ka bongata ba mosa oa hae o lerato. 8 Eaba o tsoela pele ho re: “Ka sebele ke batho ba ka,+ bara ba ke keng ba iponahatsa ba se na ’nete.”+ Kahoo a fetoha Mopholosi oa bona.+ 9 Nakong ea mahlomola ’ohle a bona le eena o ile a hlomoha.+ Lenģosa la hae le ile la ba pholosa.+ Leratong la hae le qenehelong ea hae o ile a ba rekolla,+ eaba oa ba phahamisa le ho ba jara ka matsatsi ’ohle a khale.+

10 Empa ba rabela+ ’me ba utloisa moea oa hae o halalelang bohloko.+ Joale a fetoha sera+ sa bona; a ba loantša.+ 11 Eaba e mong o qala ho hopola matsatsi a khale, mohlanka oa hae Moshe: “O hokae Ea ba ntšitseng leoatleng+ hammoho le balisa ba mohlape oa hae?+ O hokae Ea kentseng moea oa Hae o halalelang ka hare ho eena?+ 12 Ea isang letsoho la Hae le letle+ letsohong le letona la Moshe; Ea arolang metsi ka pel’a bona+ e le hore a iketsetse lebitso le hlolang ka nako e sa lekanyetsoang;+ 13 Ea etsang hore ba tsamaee har’a metsi a bilohang hoo, joaloka pere lefeelleng, ba sa kang ba khoptjoa?+ 14 Feela joalokaha phoofolo e theohela thoteng, moea oa Jehova o ile oa ba phomotsa.”+

Ka hona ua etella batho ba hao pele e le hore u iketsetse lebitso le letle.+

15 Talima u le leholimong+ ’me u bone u le sebakeng sa hao sa bolulo se phahameng sa khalalelo le botle.+ Cheseho ea hao+ le matla a hao a feletseng li hokae, ho lubeha ha litho tsa hao tse ka hare,+ le mehauhelo ea hao?+ Li ithibile hore li se ke tsa tla ho ’na.+ 16 Etsoe u Ntat’a rōna;+ le hoja mohlomong Abrahama a sa ka a re tseba le Iseraele mohlomong a sa ka a re tseba, uena, Jehova, u Ntat’a rōna. Lebitso la hao ke Morekolli oa rōna oa khale.+ 17 Jehova, ke hobane’ng ha u etsa hore re ’ne re hlahlathele litseleng tsa hao? Ke hobane’ng ha u thatafatsa lipelo tsa rōna tšabong ea hao?+ Khutla ka lebaka la bahlanka ba hao, meloko ea lefa la hao.+ 18 Sechaba sa hao se halalelang+ se ile sa rua ka nakoana. Bahanyetsi ba rōna ba hataketse sehalalelo sa hao.+ 19 Ka nako e telele re bile joaloka bao u sa kang ua ba busa, joaloka ba sa kang ba bitsoa ka lebitso la hao.+

64 Hoja u hahotse maholimo, ua theoha,+ ’me ka lebaka la hao lithaba tsa sisinyeha,+ 2 joalokaha mollo o chesa mofero, ’me mollo o etsa hore metsi a bele, e le hore u ka tsebisa bahanyetsi ba hao+ lebitso la hao, hore ka lebaka la hao lichaba li ferekane!+ 3 Ha u ne u etsa lintho tse tšosang+ tseo re neng re ke ke ra li lebella, u ile ua theoha. Lithaba tsa sisinyeha ka lebaka la hao.+ 4 Ho tloha nakong ea khale ha ho le ea mong ea utloileng,+ kapa a mamela, kapa leihlo la bona Molimo, haese uena,+ ea nkang bohato molemong oa ea mo lebellang.+ 5 U kopane le ea thabileng le ea etsang ho loka,+ ba ntseng ba u hopola litseleng tsa hao.+

Bona! U halefile,+ ha re ntse re etsa sebe+—ka nako e telele, ’me na re lokela ho pholosoa?+ 6 Re joaloka ea sa hloekang, kaofela ha rōna, ’me liketso tsohle tsa rōna tsa ho loka li tšoana le seaparo sa linako tsa ho ilela khoeli;+ re tla nyamela joaloka makhasi,+ kaofela ha rōna, ’me liphoso tsa rōna li tla re fefola joaloka moea.+ 7 Ha ho na ea ipiletsang lebitsong la hao,+ ha ho na ea tsohang hore a u tšoare; etsoe u re patetse sefahleho sa hao,+ ’me u etsa hore re qhibilihisoe+ ke matla a liphoso tsa rōna.

8 Joale, Jehova, u Ntat’a rōna.+ Re letsopa,+ ’me u Sebōpi+ sa rōna; kaofela ha rōna re mosebetsi oa letsoho la hao.+ 9 Jehova, u se ke ua halefa ka ho fetisisa,+ ’me u se ke ua hopola liphoso tsa rōna ka ho sa feleng.+ Joale, ka kōpo, bona: kaofela re sechaba sa hao.+ 10 Metse ea hao e halalelang+ e fetohile lefeella. Sione+ e fetohile lefeella le leholo, Jerusalema ke lesupi.+ 11 Ntlo ea rōna ea khalalelo le botle,+ eo baholo-holo ba rōna ba u rorisitseng ho eona,+ e fetohile ntho e chesoang mollong;+ ’me e ’ngoe le e ’ngoe ea lintho tsa rōna tse lakatsehang+ e ripitliloe. 12 Jehova, na u tla lula u ithibile linthong tsee?+ Na u tla khutsa ’me u lumelle hore re hlorisoe ka ho fetisisa?+

65 “Ke itumeletse hore ke batloe+ ke ba sa kang ba botsa ka ’na.+ Ke itumeletse hore ke fumanoe ke ba sa kang ba mpatla.+ Ke itse, ‘Ke ’na enoa, ke ’na enoa!’+ ho sechaba se neng se sa ipiletse lebitsong la ka.+

2 “Letsatsi lohle ke otlolletse matsoho a ka ho sechaba se manganga,+ se tsamaeang tseleng e seng molemo,+ se latelang menahano ea sona;+ 3 sechaba se entsoeng ka ba ntšiteloang+ kamehla ke ntse ke ba shebile, ba etsang mahlabelo lirapeng+ le ba etsang mosi oa mahlabelo+ holim ’a litene, 4 ba lulang har’a libaka tsa lepato,+ le ba hlolang bosiu metlotloaneng ea ho lebela, ba jang nama ea kolobe,+ esita le moro oa lintho tse silafetseng+ o ka lijaneng tsa bona; 5 ba reng, ‘Lula moo u leng teng. U se ke ua nkatamela, etsoe ka sebele ke tla u senolela khalalelo.’+ Bana ke mosi linkong tsa ka,+ mollo o tukang motšehare oohle.+

6 “Bonang! Ho ngotsoe ka pel’a ka.+ Nke ke ka khutsa,+ empa ke tla fana ka moputso;+ ke tla fana ka moputso sefubeng+ sa bona, 7 bakeng sa liphoso tsa bona le bakeng sa liphoso tsa baholo-holo ba bona ka nako e tšoanang,”+ ho boletse Jehova. “Kahobane ba entse mosi oa sehlabelo holim ’a lithaba, ’me ba ’nyelisitse+ holim ’a maralla,+ le ’na ke tla lekanya moputso oa bona pele ho tsohle lifubeng sa bona.”+

8 Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Ka tsela e tšoanang le eo veine e ncha+ e fumanoang lesihleng ’me e mong a re, ‘U se ke ua e senya,+ hobane ho na le tlhohonolofatso ho eona,’+ ke tla etsa joalo ka lebaka la bahlanka ba ka e le hore ke se ke ka felisa e mong le e mong.+ 9 Ke tla hlahisa bana+ ho Jakobo le ho Juda ke hlahise mojalefa oa lithaba tsa ka;+ ’me bakhethoa ba ka ba tla li rua,+ le bahlanka ba ka ba lule teng.+ 10 Sharone+ e tla fetoha lekhulo bakeng sa linku+ ’me khohlo ea Akore+ e fetohe sebaka sa phomolo bakeng sa likhomo, bakeng sa batho ba ka ba tla beng ba mpatlile.+

11 “Empa ke lōna ba furallang Jehova,+ ba lebalang thaba ea ka e halalelang,+ ba lokisang tafole bakeng sa molimo oa Mahlohonolo+ le ba tlatsang veine e tsoakiloeng bakeng sa molimo oa Qetello e Reriloeng Esale Pele.+ 12 Ke tla le abela sabole,+ ’me kaofela le tla inama hore le bolaoe;+ ka lebaka la hore ke hoelelitse,+ empa ha lea ka la araba; ke buile, empa ha lea ka la mamela;+ le ’nile la etsa se sebe mahlong a ka,+ ’me la khetha ntho eo ke sa khahloeng ke eona.”+

13 Ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Bonang! Bahlanka ba ka ba tla ja,+ empa lōna le tla lapa.+ Bonang! Bahlanka ba ka ba tla noa,+ empa lōna le tla nyoroa.+ Bonang! Bahlanka ba ka ba tla thaba,+ empa lōna le tla hlajoa ke lihlong.+ 14 Bonang! Bahlanka ba ka ba tla hoeletsa ka thabo ka lebaka la boemo bo botle ba pelo,+ empa lōna le tla etsa mehoo ka lebaka la bohloko ba pelo ’me le tla bokolla ka lebaka la ho sithabela ho hoholo ha moea.+ 15 Ka sebele le tla boloka lebitso la lōna e le kano ea bakhethoa ba ka, ’me ’Musi Morena Jehova o tla le bolaea ka bomong,+ empa o tla bitsa bahlanka ba hae ka lebitso le leng;+ 16 hoo mang kapa mang ea itlhohonolofatsang lefatšeng a tlang ho itlhohonolofatsa ka Molimo oa tumelo,+ le mang kapa mang ea hlapanyang lefatšeng a tlang ho hlapanya ka Molimo oa tumelo;+ hobane mahlomola a pele a tla be a lebetsoe le hobane a tla patoa mahlong a ka.+

17 “Etsoe bonang! ke bōpa maholimo a macha+ le lefatše le lecha;+ ’me lintho tsa pele li ke ke tsa hopoloa,+ kapa tsa fihla ka pelong.+ 18 Empa thabang,+ ’me le nyakalle ka ho sa feleng ka lebaka la seo ke se bōpang.+ Etsoe bonang! ke bōpa Jerusalema hore e be sesosa sa nyakallo le batho ba eona e be sesosa sa thabo e khaphatsehang.+ 19 Ke tla ithabela ho Jerusalema ’me ke ithabele ho sechaba sa ka;+ ha ho sa tla hlola ho utluoa ho eona molumo oa ho lla kapa molumo oa mohoo oa ho utloa bohloko.”+

20 “Sebakeng seo ha ho sa tla hlola ho e-ba le ngoana ea anyang ea tla phela matsatsi a seng makae,+ kapa monna-moholo ea sa phetheng matsatsi a hae;+ etsoe motho o tla shoa e sa le moshanyana feela, le hoja a le lilemo li lekholo; ha e le moetsalibe, le hoja a le lilemo li lekholo o tla rohakoa.+ 21 Ka sebele ba tla haha matlo ’me ba lule ho ’ona;+ ka sebele ba tla lema lirapa tsa morara ’me ba je litholoana tsa tsona.+ 22 Ba ke ke ba haha ’me e mong a lule teng; ba ke ke ba lema ’me e mong a je. Etsoe matsatsi a sechaba sa ka a tla ba joaloka matsatsi a sefate;+ ’me bakhethoa ba ka ba tla sebelisa mosebetsi oa matsoho a bona ka botlalo.+ 23 Ba ke ke ba sehlela lefeela,+ kapa ba tsoalla pherekano;+ kahobane ke bana ba entsoeng ka ba hlohonolofalitsoeng ba Jehova,+ hammoho le litloholo tsa bona.+ 24 Etlare pele ba hoeletsa ke tla araba;+ ha ba sa ntse ba bua, ke tla utloa.+

25 “Phiri+ le konyana li tla fula hammoho,+ ’me tau e tla ja joang joaloka poho;+ ha e le noha, lijo tsa eona e tla ba lerōle.+ Li ke ke tsa ntša kotsi+ kapa tsa senya thabeng eohle ea ka e halalelang,”+ ho boletse Jehova.

66 Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Maholimo ke terone ea ka,+ ’me lefatše ke setuloana sa ka sa maoto.+ Joale, e hokae ntlo eo le ka nkahelang eona,+ ’me joale, se hokae sebaka seo e leng sebaka sa ka sa phomolo?”+

2 “Joale letsoho la ka le entse lintho tsena tsohle, hoo lintho tsena tsohle li bileng teng,”+ ho bolela Jehova. “Joale, ke tla talima enoa ea hlorileng le ea soabileng moeeng+ le ea thothometsoang ke lentsoe la ka.+

3 “Ea hlabang poho o tšoana le ea bolaeang motho.+ Ea etsang sehlabelo ka nku o tšoana le ea robang molala oa ntja.+ Ea nyehelang mpho—o tšoana le ea nyehelang mali a kolobe!+ Ea nyehelang libano+ tse tšoeu tsa sehopotso o tšoana le ea kōpang tlhohonolofatso ka mantsoe a boselamose.+ Hape ke bona ba ikhethetseng litsela, meea ea bona e khahliloe ke lintho tsa bona tse nyonyehang.+ 4 Ke tla khetha litsela tsa ho ba tšoara hampe;+ ’me ke tla ba tlisetsa lintho tse ba tšosang;+ ka lebaka la hore ke hoelelitse, empa ho ne ho se ea arabang; ke buile, empa ho ne ho se ea mamelang;+ ba ’na ba etsa se sebe mahlong a ka, ’me ba khetha ntho e sa nkhahliseng.”+

5 Utloang lentsoe la Jehova, lōna ba thothometsoang ke lentsoe la hae:+ “Barab’abo lōna ba le hloileng,+ ba le khethollang ka lebaka la lebitso la ka,+ ba itse, ‘E se eka Jehova a ka tlotlisoa!’+ O tla boela a hlahe ka thabo ho lōna,+ ’me ke bona ba tla hlabisoa lihlong.”+

6 Ho na le molumo oa moferefere motseng, molumo tempeleng!+ Ke molumo oa Jehova ha a buseletsa se tšoanelang lira tsa hae.+

7 O belehile pele a e-ba bohlokong ba pelehi.+ Pele a tšoaroa ke bohloko ba pelehi, o hlahisitse ngoana e motona.+ 8 Ke mang ea utloileng ntho e tjee?+ Ke mang ea boneng lintho tse tjee?+ Na naha+ e ka hlahisoa ka bohloko ba pelehi ka letsatsi le le leng?+ Kapa na sechaba+ se ka tsoaloa ka nako e le ’ngoe?+ Etsoe Sione e bile bohlokong ba pelehi ’me e tsoetse bara ba eona.

9 “Ha e le ’na, na ke tla etsa hore ho be le ho phunyeha ’me ke se ke ka etsa hore ho be le pelehi?”+ ho bolela Jehova. “Kapa na ke etsa hore ho be le pelehi ebe ke etsa hore ho koalehe?” ho boletse Molimo oa hao.

10 Thabang le Jerusalema ’me le nyakalle le eona,+ lōna bohle baratuoa ba eona.+ Ithabeleng haholo le eona, lōna bohle ba ipolokang ba e siametse;+ 11 ka lebaka la hore le tla anya ’me ka sebele le khotsofale letsoeleng la matšeliso a eona a feletseng; ka lebaka la hore le tla noa ’me le be le thabo e phethehileng tlhōkōng ea khanya ea eona.+ 12 Etsoe sena ke seo Jehova a se boletseng: “Bonang! ke e fa khotso e joaloka nōka+ le khanya ea lichaba e joaloka molapo+ o phoroselang, ’me ka sebele le tla anya.+ Le tla sikoa lehlakoreng, ’me le phaphathoe mangoleng.+ 13 Joaloka motho eo ’m ’ae a ntseng a mo tšelisa, kahoo le ’na ke tla ’ne ke le tšelise;+ le tabeng ea Jerusalema le tla tšelisoa.+ 14 Ka sebele le tla bona, ’me lipelo tsa lōna li tla thaba,+ ’me masapo+ a lōna a tla hlōmela joaloka joang bo bonolo.+ Ka sebele letsoho la Jehova le tla tsebahatsoa ho bahlanka ba hae,+ empa o tla nyatsa lira tsa hae.”+

15 “Etsoe bonang! Jehova o tla joaloka mollo,+ ’me likoloi tsa hae li tšoana le moea oa sefefo,+ e le hore a phetetse bohale ba hae ka khalefo e feletseng le khalemelo ea hae e matla ka malakabe a mollo.+ 16 Etsoe joaloka mollo kannete Jehova o tla kenela tseko, e, ka sabole ea hae,+ khahlanong le nama eohle; ’me ka sebele ba bolailoeng ke Jehova ba tla ba bangata.+ 17 Ba ikhalaletsang le ba itlhoekisang bakeng sa lirapa+ tse ka mor’a se leng bohareng, ba jang nama ea kolobe+ le ntho e nyonyehang, esita le tali+ e qothomang, kaofela ha bona ba tla fela,” ho bolela Jehova. 18 “Ha e le mesebetsi+ ea bona le menahano+ ea bona, kea tla e le hore ke bokelle lichaba tsohle le lipuo tsohle;+ ’me ba tla lokela ho tla le ho bona khanya ea ka.”+

19 “Ke tla beha pontšo+ har’a bona, ’me ke tla romela ba bang ba ba phonyohetseng lichabeng,+ Tarshishe,+ Pule, le Lude,+ ba hulang seqha, Tubale le Javane,+ lihlekehleke tse hōle,+ ba sa kang ba utloa tlaleho ea ka kapa ba bona khanya ea ka;+ ’me ka sebele ba tla bolela khanya ea ka har’a lichaba.+ 20 Ba tla tlisa barab’abo lōna bohle lichabeng+ tsohle e le mpho ho Jehova,+ ka lipere le ka likoloi le ka likoloi tse khurumelitsoeng le ka limmoulo le ka likamele+ tse tšehali tse lebelo, ho nyolohela thabeng+ ea ka e halalelang, Jerusalema,” ho boletse Jehova, “feela joalokaha bara ba Iseraele ba tlisa mpho ka sejana se hloekileng ka tlung ea Jehova.”+

21 “Ho bona ke tla boela ke nke ba bang hore e be baprista, hore e be Balevi,” ho boletse Jehova.

22 “Etsoe feela joalokaha maholimo+ a macha le lefatše+ le lecha tseo ke li etsang li eme ka pel’a ka,”+ ho bolela Jehova, “kahoo bana ba lōna+ le lebitso la lōna ba tla ’ne ba eme.”+

23 “Ka sebele ho tloha ha khoeli e ’ngoe e thoasa ho ea ho e ’ngoe le ho tloha sabatheng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe nama eohle e tla tla hore e tl’o inama ka pel’a ka,”+ ho boletse Jehova. 24 “Ba tla tsamaea ’me ba talime litopo tsa batho ba neng ba ntšiteloa;+ etsoe libōkō tse holim ’a bona li ke ke tsa shoa le mollo oa bona o ke ke oa tima,+ ’me ba tla fetoha ho hong ho nyonyehang ho nama eohle.”+

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela