Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • bi12 Hosea 1:1-14:9
  • Hosea

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hosea
  • Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
Hosea

Hosea

1 Lentsoe la Jehova+ le ileng la hlaha ho Hosea+ mora oa Beri matsatsing+ a Uzia,+ Jothame,+ Akaze+ le Ezekiase,+ marena a Juda, le matsatsing a Jeroboame+ mora oa Joashe,+ morena oa Iseraele. 2 Ho bile le ho qaleha ha lentsoe la Jehova ka Hosea, eaba Jehova o re ho Hosea: “E-ea,+ u inkele mosali oa bohlola le bana ba bohlola, hobane ka sebele naha ka bohlola e furalla ho latela Jehova.”+

3 A ea nka Gomere morali oa Diblaime, hoo a ileng a ima ’me ka mor’a nako a mo tsoalla mora.+

4 Jehova a tsoela pele ho re ho eena: “Mo rehe lebitso la Jezriele,+ etsoe ka mor’a nakoana e seng kae ke tla ahlola litaba bakeng sa liketso tsa tšollo ea mali tsa Jezriele khahlanong le ntlo ea Jehu,+ ’me ke tla felisa bobusi ba ntlo ea Iseraele.+ 5 Letsatsing leo ke tla roba seqha+ sa Iseraele khohlong ea Jezriele.”

6 A boela a ima ’me a tsoala morali. A tsoela pele ho re ho eena: “Mo rehe lebitso la Lo-ruhama,+ etsoe ha ke sa tla hlola ke bontša mohau+ ho ba ntlo ea Iseraele, hobane ka sebele ke tla ba tlosa.+ 7 Empa ke tla bontša mohau ho ba ntlo ea Juda,+ ’me ke tla ba pholosa ka Jehova Molimo oa bona;+ empa nke ke ka ba pholosa ka seqha kapa ka sabole kapa ka ntoa, ka lipere kapa ka banna ba lipere.”+

8 A khoesa Lo-ruhama butle-butle, ’me a ima eaba o tsoala mora. 9 Kahoo A re: “Mo rehe lebitso la Lo-ami, hobane ha le sechaba sa ka ’me nke ke ka ba oa lōna.

10 “Palo ea bara ba Iseraele e tla ba joaloka lehlabathe la leoatle le ke keng la lekanngoa kapa la baloa.+ Sebakeng seo ho sona ho neng ho tloaetsoe hore ho thoe ho bona, ‘Ha le sechaba sa ka,’+ ho tla thoe ho bona, ‘Bara ba Molimo ea phelang.’+ 11 Ka sebele bara ba Juda le bara ba Iseraele ba tla phutheha bonngoeng+ ’me ba tla ipehela hlooho e le ’ngoe ’me ba nyolohe ho tsoa naheng,+ hobane letsatsi la Jezriele+ le tla ba leholo.

2 “E-reng ho barab’abo lōna, ‘Sechaba sa ka!’+ le ho baralib’abo lōna, ‘Uena mosali ea bontšitsoeng mohau!’+ 2 Ntšetsang pele nyeoe le ’m ’a lōna;+ ntšetsang pele nyeoe, etsoe hase mosali oa ka+ ’me ha ke monna oa hae.+ O lokela ho tlosa bohlola ba hae ka pel’a hae le liketso tsa hae tsa ho feba pakeng tsa matsoele a hae,+ 3 e le hore ke se ke ka mo hlobolisa+ ’me ka mo beha joaloka letsatsing la ho tsoaloa ha hae,+ eaba ke mo beha joaloka lefeella+ ’me ke mo beha joaloka naha e se nang metsi+ eaba ke mo bolaea ka lenyora.+ 4 Nke ke ka bontša mohau ho bara ba hae,+ etsoe ke bara ba bohlola.+ 5 Etsoe ’m ’a bona o entse bohlola.+ Ea neng a ba imile o itšoere ka mokhoa o hlabisang lihlong,+ etsoe o itse, ‘Ke batla ho sala morao ba nthatang ka takatso e matla,+ ba mphang bohobe ba ka le metsi a ka, boea ba ka le line ea ka, oli ea ka le seno sa ka.’+

6 “Ka hona bona! ke etsetsa tsela ea hao lekhoakhoa la meutloa; ’me ke tla haha lerako la majoe khahlanong le eena,+ hoo a ke keng a fumana litsela tsa hae.+ 7 O tla lelekisa ba mo ratang ka takatso e matla, empa a ke ke a ba fihlela;+ ’me o tla ba batla, empa a ke ke a ba fumana. O tla lokela ho re, ‘Ke batla ho ea le ho khutlela ho monna oa ka,+ oa pele,+ etsoe ho bile molemo ho ’na ka nako eo ho feta hona joale.’+ 8 Empa ha aa ka a hlokomela+ hore ke ’na ea neng a mo file lijo-thollo+ le veine e monate le oli, le hore ke ne ke entse hore silevera e mo atele, le khauta, eo ba ileng ba e sebelisetsa Baale.+

9 “‘Ka hona ke tla khutla ’me ka sebele ke nke lijo-thollo tsa ka ka nako ea tsona le veine ea ka e monate ka nako ea eona,+ ’me ke tla hloibila boea ba ka le line ea ka bakeng sa ho koahela bofeela ba hae.+ 10 Joale ke tla apola litho tsa hae tse sephiring mahlong a ba mo ratang ka takatso e matla,+ ’me ho ke ke ha e-ba le monna ea tla mo hloibila letsohong la ka.+ 11 Ka sebele ke tla felisa thabo eohle ea hae e khaphatsehang,+ mokete oa hae,+ khoeli ea hae e thoasitseng+ le sabatha ea hae le nako e ’ngoe le e ’ngoe ea hae ea mokete. 12 Ke tla senya sefate sa hae sa morara+ le sefate sa hae sa feiga,+ seo a itseng ka sona: “Ke mpho ho ’na, eo ke e filoeng ke ba nthatang ka takatso e matla”; ’me ke tla li beha e le moru,+ ’me ka sebele sebata sa naha se tla li timetsa. 13 Ke tla ahlola litaba+ khahlanong le eena bakeng sa matsatsi a litšoantšo tsa Baale+ tseo a ’nileng a li etsetsa mosi oa sehlabelo,+ ha a ntse a ikhabisa ka lesale la hae le ka mokhabiso+ oa hae ’me a ntse a sala morao ba mo ratang ka takatso e matla,+ ’me ’na o ile a ntebala,’+ ho bolela Jehova.

14 “‘Ka hona bonang! kea mo susumetsa, ’me ke tla etsa hore a ee lefeelleng,+ ’me ke tla bua le pelo ea hae.+ 15 Ke tla mo fa lirapa tsa hae tsa morara ho tloha nakong eo ho ea pele,+ le khohlo ea Akore+ e le monyako oa tšepo; ka sebele o tla araba moo joaloka matsatsing a bocha ba hae+ le joaloka letsatsing la ho nyoloha ha hae naheng ea Egepeta.+ 16 Letsatsing leo,’ ho bolela Jehova, ‘u tla mpitsa monna oa Ka, ’me u ke ke ua hlola u mpitsa mong’a Ka.’+

17 “‘Ke tla tlosa mabitso a litšoantšo tsa Baale molomong+ oa hae, ’me ha li sa tla hlola li hopoloa ka mabitso+ a tsona. 18 Ka sebele ke tla hlaba selekane letsatsing leo bakeng sa bona mabapi le sebata sa naha+ le sebōpuoa se fofang sa maholimo le sehahabi sa lefatše, ’me ke tla felisa seqha le sabole le ntoa naheng,+ ’me ke tla ba robatsa ka tšireletseho.+ 19 Ke tla u lebeletsa ka nako e sa lekanyetsoang,+ ’me ke tla u lebeletsa ka ho loka le ka toka le ka mosa o lerato le ka mohau.+ 20 Ke tla u lebeletsa ka botšepehi; ’me ka sebele u tla tseba Jehova.’+

21 “‘Ka letsatsi leo ke tla araba,’ ho bolela Jehova, ‘ke tla araba maholimo, ’me a tla araba lefatše;+ 22 lefatše le tla araba lijo-thollo+ le veine e monate le oli; ’me tsona li tla araba Jezriele [‘Molimo o tla jala peō’].+ 23 Ka sebele ke tla mo jala joaloka peō bakeng sa ka lefatšeng,+ ’me ke tla bontša mohau ho ea sa kang a bontšoa mohau,+ ’me ke tla re ho bao e seng sechaba sa ka: “Le sechaba sa ka”;+ ’me ba tla re: “U Molimo oa ka.”’”+

3 Jehova a tsoela pele ho re ho ’na: “E-ea hape, u rate mosali ea ratoang ke motsoalle+ le ea febang, joaloka tabeng ea lerato la Jehova bakeng sa bara ba Iseraele+ ha ka nako e tšoanang ba ntse ba retelehela ho melimo e meng+ ’me ba rata bohobe ba morara o omisitsoeng.”+

2 Ka ithekela eena ka likotoana tse leshome le metso e mehlano tsa silevera+ le tekanyo ea homere ea harese le halofo ea homere ea harese. 3 Joale ka re ho eena: “U tla lula u le oa ka ka matsatsi a mangata.+ U se ke ua etsa bohlola,+ ’me u se ke ua ba oa monna e mong;+ le ’na ke tla ba oa hao.”

4 Ke hobane ka matsatsi a mangata bara ba Iseraele ba tla lula ba se na morena+ ba se na khosana ba se na sehlabelo+ ba se na sefika ’me ba se na efoda+ le terafime.+ 5 Ka mor’a moo bara ba Iseraele ba tla khutla ’me ka sebele ba batle Jehova Molimo oa bona,+ le morena oa bona Davida;+ ’me ka sebele ba tla tla ba thothomela ho Jehova+ le ho molemo oa hae karolong e qetellang ea matsatsi.+

4 Utloang lentsoe la Jehova, Lōna bara ba Iseraele, etsoe Jehova o na le nyeoe le baahi ba naha,+ kaha ha ho ’nete+ leha e le mosa o lerato kapa tsebo ea Molimo naheng.+ 2 Ho hlahile ho phatlalatsa bomalimabe+ le thetso+ le ho bolaea+ le ho utsoa+ le ho feba,+ ’me liketso tsa tšollo ea mali li amile liketso tse ling tsa tšollo ea mali.+ 3 Ke ka lebaka leo naha e tlang ho siama+ ’me moahi e mong le e mong ea leng ho eona o tla lokela ho nyamela le sebata sa naha le sebōpuoa se fofang sa maholimo, esita le litlhapi tsa leoatle li tla bokelloa lefung.+

4 “Leha ho le joalo, ho se ke ha e-ba le motho ea tsekisang,+ hape ho se ke ha e-ba le motho ea khalemelang, hobane batho ba heno ba joaloka ba tsekisanang le moprista.+ 5 Ka sebele u tla khoptjoa motšehare,+ esita le moprofeta o tla khoptjoa hammoho le uena, joaloka bosiu.+ Ke tla khutsisa ’m ’ao.+ 6 Ka sebele sechaba sa ka se tla khutsisoa, hobane ha ho tsebo.+ Kahobane u lahlile tsebo,+ le ’na ke tla u lahla hore u se ke ua sebeletsa u le moprista ho ’na;+ ’me kahobane u ntse u lebala molao oa Molimo oa hao,+ le ’na ke tla lebala bara ba hao.+ 7 Ho ea ka tekanyo ea letšoele la bona, ka ho tšoanang ba ntšitetsoe.+ Ba fapantšitse khanya ea ka bakeng sa ho hlompholoha feela.+ 8 Ba ntse ba harola sebe sa sechaba sa ka, ’me ba ntse ba phahamisetsa meea ea bona phosong ea sona.+

9 “Ho sechaba ho tla lokela hore ho tšoane le ho moprista;+ ’me ka sebele ke tla ahlola litaba khahlanong le bona bakeng sa litsela tsa bona;+ ’me ke tla khutlisetsa mesebetsi ea bona holim ’a bona.+ 10 Ba tla ja, empa ba ke ke ba khora.+ Ba tla tšoara basali joaloka liotsoa; empa ba ke ke ba eketseha,+ hobane ba tlohetse ho ela Jehova hloko.+ 11 Bohlola le veine le veine e monate li tlosa tšusumetso e ntle.+ 12 Sechaba sa ka se ntse se botsa+ litšoantšo tsa sona tsa lehong,+ ’me lere la matsoho a sona le ntse le se bolella; hobane moea oa bohlola o entse hore se hlahlathele,+ ’me ka bohlola se tloha tlas’a Molimo oa sona.+ 13 Se etsa sehlabelo litlhōrōng tsa lithaba,+ ’me se etsa mosi oa sehlabelo maralleng,+ tlas’a sefate sa setonanahali le sefate sa storaxe le sefate se seholo, hobane moriti oa sona o molemo.+ Ke ka lebaka leo barali ba lōna ba etsang bohlola le lingoetsi tsa lōna li febang.

14 “Nke ke ka ahlola litaba khahlanong le barali ba lōna hobane ba etsa bohlola, le khahlanong le lingoetsi tsa lōna hobane lia feba. Etsoe, ha e le banna, ba ea moo ba leng bang le liotsoa,+ ’me ba etsa sehlabelo le matekatse a basali a tempele;+ ’me batho ba sa utloisiseng+ ba tla hatakeloa. 15 Le hoja u etsa bohlola, Uena Iseraele,+ Juda e se ke ea e-ba molato,+ ’me le se ke la tla Gilgale,+ kapa la nyolohela Bethe-avene+ kapa la hlapanya ‘Ka Jehova ea phelang!’+ 16 Etsoe, joaloka khomo e manganga, Baiseraele ba bile manganga.+ Na joale Jehova o tla ba lisa joaloka pheleu e nyenyane sebakeng se seholo? 17 Baefraime ba kopantsoe le litšoantšo tse rapeloang.+ Ba ke ba tloheloe ba ’notši!+ 18 Kaha joala ba bona ba koro bo felile,+ ka sebele ba tšoere mosali joaloka seotsoa.+ Ka sebele basireletsi ba bona+ ba ratile ho hlompholoha.+ 19 Moea o ba phuthetse mapheong a oona.+ Ba tla hlajoa ke lihlong ka mahlabelo a bona.”+

5 “Utloang sena, Lōna baprista,+ ’me le ele hloko, Lōna ba ntlo ea Iseraele, le lōna, ba ntlo ea morena,+ mamelang, etsoe kahlolo e ama lōna; hobane le fetohile sefi+ ho Mizpa ’me le joaloka letlooa le aliloeng holim ’a Tabore.+ 2 Ba khelohang ba tebetse tlaase+ mosebetsing oa ho bolaea, ’me ke ne ke le keletso ho bona bohle.+ 3 Ke tsebile Efraime,+ ’me ha kea pateloa Iseraele.+ Etsoe joale, Uena Efraime, u tšoere basali joaloka liotsoa;+ Baiseraele ba itšilafalitse.+ 4 Mesebetsi ea bona ha e lumelle hore ba khutlele ho Molimo oa bona,+ hobane ho na le moea oa bohlola+ har’a bona; ’me ha baa ela Jehova hloko.+ 5 Boikakaso ba Baiseraele bo fane ka bopaki mahlong a bona;+ ’me Baiseraele le Baefraime ba entsoe hore ba khoptjoe liphosong tsa bona.+ Le Bajuda ba khopiloe le bona.+ 6 Ka mehlape ea bona ea likhutšoane le ka mehlape ea liphoofolo tse khōlō ba ile ba ea ’me ba batla Jehova, empa ha baa ka ba mo fumana.+ O ne a ikhutse ho bona. 7 Ba sebelitse ka bolotsana ho Jehova,+ etsoe ba ile ba tsoala bara basele.+ Joale ka khoeli e le ’ngoe ba tla haroloa hammoho le likabelo tsa bona.+

8 “Letsang lenaka+ Gibea,+ terompeta Rama! Tlerolang mohoo oa ntoa Bethe-avene+—ka mor’a hao, Uena Benjamine!+ 9 Uena Efraime, u tla fetoha ntho feela e makalloang letsatsing la khalemelo e matla.+ Har’a meloko ea Iseraele ke tsebahalitse mantsoe a tšepahalang.+ 10 Likhosana tsa Juda li tšoana hantle le ba chechisang moeli.+ Ke tla tšolla bohale ba ka feela joaloka metsi holim ’a bona. 11 Efraime o hateletsoe, o hateletsoe ka toka,+ etsoe o ikhethetse ho sala mohanyetsi oa hae morao.+ 12 Ke ne ke le joaloka tšoèlè+ ho Efraime ’me ke tšoana hantle le ho bola ho ba ntlo ea Juda.

13 “Efraime a bona boloetse ba hae, le Juda a bona seso sa hae.+ Efraime a ea Assyria+ ’me a romeletsa ho morena e moholo.+ Empa eo ha aa ka a khona ho le folisa,+ ’me o ne a ke ke a tlosa ho lōna seso ka pheko leha e le efe.+ 14 Etsoe ke tla ba joaloka taoana ho Efraime+ le joaloka taoana e moetse ntlong ea Juda. ’Na, ke tla tsekolla likoto ’me ke tla ea ’me ke nke, ’me ho ke ke ha e-ba le molopolli.+ 15 Ke tla ea, ke tla khutlela sebakeng sa ka ho fihlela ba jara molato oa bona;+ ’me ka sebele ba tla batla sefahleho sa ka.+ Ha ba le mahlomoleng,+ ba tla mpatla.”+

6 “Tloong, ’me re khutleleng ho Jehova,+ etsoe o rusolotse+ empa o tla re folisa.+ O ’nile a otla, empa o tla re tlamisa.+ 2 O tla re phelisa ka mor’a matsatsi a mabeli.+ Letsatsing la boraro o tla re emisa, ’me re tla phela ka pel’a hae.+ 3 Re tla tseba, re tla phehella ho tseba Jehova.+ Joaloka mafube,+ ho tsoa ha hae ho tiisitsoe ka thata.+ O tla kena joaloka pula e tšolohang ho rōna;+ joaloka pula ea selemo e nosetsang lefatše.”+

4 “Ke tla etsa’ng ho uena, Efraime? Ke tla etsa’ng ho uena, Juda,+ ha mosa oa lōna o lerato o le joaloka maru a hoseng le joaloka phoka e tlohang kapele? 5 Ke ka lebaka leo ke tla lokela ho ba otla ka baprofeta;+ ke tla lokela ho ba bolaea ka lipolelo tsa molomo oa ka.+ Likahlolo tse holim ’a lōna li tla ba joaloka leseli le hlahang.+ 6 Etsoe ke khahliloe ke mosa o lerato,+ eseng sehlabelo;+ le tsebo ea Molimo ho e-na le linyehelo tse feletseng tsa secheso.+ 7 Empa bona, joaloka motho oa lefatše, ba tlōtse selekane.+ Ke hona moo ba ntšebelitseng ka bolotsana.+ 8 Gileade+ ke motse oa ba tloaetseng ho etsa se kotsi; mehato ea maoto a bona ke mali.+ 9 Joalokaha ho lalloa motho,+ mokhatlo oa baprista ke lihlopha tse futuhang.+ Ka thōko ho tsela baa bolaea Shikeme,+ hobane ha baa ntšetsa letho pele haese boitšoaro bo hlephileng.+ 10 Ke bone ntho e tšabehang ka tlung ea Iseraele.+ Efraime o etsa bohlola.+ Iseraele o itšilafalitse.+ 11 Ho feta moo, Uena Juda, u lokiselitsoe kotulo, ha ke khutlisa baholehuoa ba sechaba sa ka.”+

7 “Nakong eo ka eona ke neng ke tla folisa Iseraele,+ le phoso ea Efraime ea senoloa,+ le lintho tse mpe tsa Samaria;+ etsoe ba sebelisitse leshano,+ ’me lesholu lea kena; sehlopha sa bafutuhi se hlile se potlakela ka ntle.+ 2 Ha ba bolelle lipelo+ tsa bona hore ke tla hopola bobe bohle ba bona.+ Joale ba pota-potiloe ke mesebetsi ea bona.+ Ba ka pel’a sefahleho sa ka.+ 3 Ka bobe ba bona ba thabisa morena, ’me, ka thetso ea bona, ba thabisa likhosana.+ 4 Kaofela ha bona ke bafebi,+ joaloka sebōpi se hotelitsoeng ke moapehi, ea khaotsang ho fata ka mor’a ho luba hlama ho fihlela e betse. 5 Letsatsing la morena oa rōna, likhosana li ikulisitse+—ho na le khalefo ka lebaka la veine.+ O ntšitse letsoho la hae hammoho le ba fetolang ba bang litšeho. 6 Etsoe ba tlisitse lipelo tsa bona haufi joaloka sebōping;+ lia chesa ka har’a bona.+ Moapehi oa bona o robala bosiu bohle; hoseng sebōpi se chesa joalokaha eka ho chesa mollo o tukang.+ 7 Baa chesa, kaofela ha bona, joaloka sebōpi, ’me ba chesa baahloli ba bona. Marena a bona a oele kaofela;+ ha ho le ea mong ho ’ona ea hoeletsang ho ’na.+

8 “Ha e le Efraime, o itsoakanya le lichaba.+ Efraime o fetohile polokoe e sa fetoleloang ka lehlakoreng le leng.+ 9 Basele ba jele matla a hae,+ ’me ha aa tseba seo.+ Hape, moriri oa hae o moputsoa o soeufetse, empa ha aa tseba seo. 10 Boikakaso ba Baiseraele bo fane ka bopaki mahlong+ a bona, ’me ha baa khutlela ho Jehova Molimo oa bona,+ leha e le hore ba mo batlile ka lebaka la sena sohle.+ 11 Baefraime ba joaloka leeba le hlokang kelello+ le se nang pelo.+ Ba ipilelitse ho Egepeta;+ ba ile Assyria.+

12 “Tseleng leha e le efe eo ba eang ka eona, ke tla ala letlooa+ la ka holim ’a bona. Ke tla ba theola+ joaloka libōpuoa tse fofang tsa maholimo. Ke tla ba laea tumellanong le tlaleho ea phutheho+ ea bona. 13 Ho malimabe bona,+ kaha ba mpalehile!+ Ba tla tlatlapuoa, kaha ba ntšitetsoe! Ke ile ka ba lopolla,+ empa ba buile mashano ka ’na.+ 14 Ha baa ka ba hoeletsa ho ’na ho kōpa thuso ka lipelo+ tsa bona, le hoja ba ile ba ’na ba bokolla ba le holim ’a libethe tsa bona. Ka lebaka la lijo-thollo tsa bona le veine e monate ba ’nile ba lula ba sa etse letho;+ ba ’nile ba mphetohela.+ 15 Ke ile ka laea;+ ke ile ka matlafatsa matsoho+ a bona, empa ba ’nile ba ntherela se sebe.+ 16 Ha baa ka ba khutlela nthong leha e le efe e phahameng;+ ba ne ba tšoana le seqha se sa tieang.+ Likhosana tsa bona li tla oa ka sabole ka lebaka la nyatso ea maleme+ a bona. Sena e tla ba ho fetoha ha bona litšeho naheng ea Egepeta.”+

8 “Molomong oa hao—lenaka!+ E mong o tla joaloka ntsu+ khahlanong le ntlo ea Jehova, ka lebaka la hore ba tlōtse selekane sa ka,+ ’me ba tlōtse molao oa ka.+ 2 Ba ntse ba hoeletsa ho ’na, ‘Molimo oa ka, rōna, Baiseraele, re u tsebile.’+

3 “Baiseraele ba lahlile molemo.+ Sera se ke se ba lelekise.+ 4 Ba behile marena,+ empa eseng ka lebaka la ka. Ba behile likhosana, empa ha kea ka ka tseba. Ka silevera ea bona le ka khauta ea bona ba iketselitse litšoantšo tse rapeloang,+ e le hore ba ka felisoa.+ 5 Namane ea hao e lahliloe,+ Uena Samaria. Bohale ba ka bo ba tuketse.+ Ba tla haelloa ke ho hloka molato halelele hakae?+ 6 Etsoe esita le sena se ne se tsoa Iseraele.+ Se entsoe ke setsebi feela sa mesebetsi ea matsoho,+ ’me hase Molimo; hobane namane ea Samaria e tla fetoha likoto feela tse tšesaane.+

7 “Etsoe ba ntse ba jala moea, ’me ba tla kotula moea oa sefefo.+ Ha ho letho le nang le lijo-thollo tse ntseng li le mahlakeng.+ Ha ho lehlōmela le hlahisang phofo.+ Haeba mohlomong leha e le lefe le ka e hlahisa, basele ba tla e metsa.+

8 “Baiseraele ba tla metsoa.+ Joale ba tla ba har’a lichaba,+ joaloka sejana se sa thabeloeng.+ 9 Etsoe ba nyolohetse Assyria,+ joaloka qoaha e ’notši.+ Tabeng ea Baefraime, ba hirile ba ba ratang.+ 10 Hape, le hoja ba ntse ba ba hira har’a lichaba,+ joale ke tla ba phutha; ’me ba tla ba bohlokong bo boholo+ ka nakoana ka lebaka la moroalo oa morena le likhosana.

11 “Etsoe Baefraime ba atisitse lialetare e le hore ba etse sebe.+ Ba na le lialetare e le hore ba etse sebe.+ 12 Ke ile ka ba ngolla lintho tse ngata tsa molao oa ka;+ li lekantsoe feela joaloka ho hong ho sa tloaelehang.+ 13 Ba ’nile ba etsa sehlabelo ka nama e le mahlabelo a ka a mpho,+ ’me ba ’nile ba ja seo Jehova a sa khahlisoeng ke sona.+ Joale o tla hopola phoso ea bona le ho ahlola litaba bakeng sa libe tsa bona.+ Ba ile ba khutlela Egepeta.+ 14 Iseraele e ile ea qala ho lebala Moetsi+ oa eona ’me ea haha litempele;+ ’me Juda e atisitse metse e etselitsoeng liqhobosheane.+ Ka sebele ke tla romela mollo metseng ea eona ’me o tla chesa litora tsa bolulo tsa e ’ngoe le e ’ngoe.”+

9 “Le se ke la thaba, Lōna Baiseraele.+ Le se ke la itšoara joaloka ba thabileng joaloka lichaba.+ Etsoe le tlohile ho Molimo oa lōna ka bohlola.+ Le ratile limpho tsa tefo liotlong tsohle tsa lijo-thollo.+ 2 Seotlo le sehatelo ha li ba fepe,+ le veine e monate ea soabisa ho bona.+ 3 Ba ke ke ba tsoela pele ba lula naheng ea Jehova,+ ’me Baefraime ba tla khutlela Egepeta,+ ’me ba tla ja se sa hloekang Assyria.+ 4 Ba ke ke ba tsoela pele ho qhatsetsa Jehova veine.+ Mahlabelo a bona a ke ke a mo khahlisa;+ a joaloka bohobe ba linakong tsa ho siama ha bona;+ bohle ba bo jang ba tla itšilafatsa. Etsoe bohobe ba bona ke ba meea ea bona; bo ke ke ba tla ka tlung ea Jehova.+ 5 Le tla etsa’ng letsatsing la pokano le letsatsing la mokete oa Jehova?+ 6 Etsoe, bonang! ba tla lokela ho ea ka lebaka la tlatlapo.+ Egepeta e tla ba phutha;+ Memfise+ e tla ba pata. Ha e le lintho tsa bona tse lakatsehang tsa silevera, li tla ruuoa ke bobatsi;+ lihlahla tse meutloa li tla ba litenteng tsa bona.+

7 “Matsatsi a ho eloa hloko a tla tla;+ matsatsi a tefo e loketseng a tla tla.+ Ba Iseraele ba tla ho tseba.+ Moprofeta e tla ba leoatla,+ monna oa lipolelo tse bululetsoeng o tla hlanya ka lebaka la bongata ba phoso ea hao,+ esita le bongata ba lehloeo.”

8 Molebeli+ oa Efraime o ne a e-na le Molimo+ oa ka. Ha e le moprofeta,+ ho na le sefi sa ea tšoasang linonyana litseleng+ tsohle tsa hae; ho na le lehloeo ka tlung ea Molimo oa hae. 9 Ba tebetse tlaase ha ba tlisa pheliso,+ joaloka matsatsing a Gibea.+ O tla hopola phoso+ ea bona; o tla ela hloko libe tsa bona.

10 “Ke fumane Baiseraele joaloka morara lefeelleng.+ Ke bone baholo-holo ba lōna joaloka feiga e butsoang pele tšimolohong ea eona sefateng sa feiga.+ Ba ile ho Baale oa Peore,+ ’me ba qalile ho inehela nthong e hlabisang lihlong,+ ’me ba ile ba nyonyeha joaloka ntho eo ba e ratang.+ 11 Ha e le Baefraime, khanya ea bona e fofa joaloka sebōpuoa se fofang,+ hoo ho se nang pelehi, ho se nang le mpa e imileng ’me ho se nang kemolo.+ 12 Etsoe le hoja ba hōlisa bara ba bona, ke tla boela ke ba amohe bana hoo ho ke keng ha e-ba le monna;+ hobane—ho boetse ho malimabe bona ha ke ba furalla!+ 13 Efraime, eo ke mo boneng joaloka Tyre a lemiloe lekhulong,+ esita le Efraime o reretsoe ho ntšetsa bara ba hae esita le ho ’molai.”+

14 Jehova, ba fe seo u lokelang ho ba fa sona.+ Ba fe pōpelo e senyeheloang+ le matsoele a omellang.

15 “Bobe bohle ba bona bo ne bo le Gilgale,+ kaha moo ke ile ka lokela ho ba hloea.+ Ke tla ba leleka ka tlung ea ka ka lebaka la bobe ba mesebetsi ea bona.+ Nke ke ka tsoela pele ho ba rata.+ Likhosana tsohle tsa bona li iketsa tse manganga.+ 16 Baefraime ba tla lihuoa.+ Motso oa bona o tla omella.+ Ho ke ke ha e-ba le litholoana tseo ba li hlahisang.+ Hape, haeba ba tsoala, ke tla bolaea esita le lintho tse lakatsehang tsa limpa tsa bona.”+

17 Molimo+ oa ka o tla ba lahla, etsoe ha baa ka ba mo mamela,+ ’me ba tla fetoha babalehi har’a lichaba.+

10 “Baiseraele ke sefate sa morara se bolileng.+ Ba ntse ba ipehela litholoana.+ Ka ho lekanang le bongata ba litholoana tsa bona ba atisitse lialetare+ tsa bona. Ka ho lekanang le molemo oa naha ea bona, ba hlomile lifika tse molemo.+ 2 Lipelo tsa bona li fetohile tse tletseng boikaketsi;+ joale ba tla fumanoa ba le molato.

“Ho na le ea tla heletsa lialetare tsa bona; o tla tlatlapa lifika tsa bona.+ 3 Etsoe joale ba tla re, ‘Ha re na morena,+ etsoe ha rea tšaba Jehova. Mabapi le morena, o tla re etsetsa eng?’

4 “Ba bua mantsoe, ba etsa likano tsa bohata,+ ba hlaba selekane;+ ’me kahlolo e hlometse joaloka semela se chefo litseleng tsa mehoma tsa naha e sabaletseng.+ 5 Baahi ba Samaria ba tla tšoha ka lebaka la setšoantšo sa namane se rapeloang sa Bethe-avene;+ etsoe ka sebele batho ba eona ba tla siama ka lebaka la sona, hammoho le baprista ba sona ba molimo osele ba neng ba se thabela, ka lebaka la khanya ea sona, hobane se tla be se ile kholehong hōle le eona.+ 6 E mong o tla e tlisa Assyria e le mpho ho morena e moholo.+ Efraime e tla hlajoa ke lihlong,+ ’me Iseraele e tla hlajoa ke lihlong ka morero oa eona.+ 7 Ka sebele Samaria le morena oa eona ba tla khutsisoa,+ joaloka lekala le ponngoeng le ka holim ’a metsi. 8 Libaka tse phahameng tsa Bethe-avene,+ sebe sa Iseraele,+ li tla felisoa. Meutloa le lihlabahlabane+ li tla hlaha lialetareng+ tsa bona. Batho ba tla re ho lithaba, ‘Re koaheleng!’ le ho maralla, ‘Re oeleng holimo!’+

9 “Le entse sebe+ ho tloha matsatsing a Gibea,+ Lōna Baiseraele. Moo ba ile ba ema. Ntoa khahlanong le bara ba ho se loke ha ea ka ea ba fihlela Gibea.+ 10 Ke tla boela ke ba laea ha e le takatso ea ka.+ Ka sebele lichaba li tla bokelloa khahlanong le bona ha ba panelloa liphosong tsa bona tse peli.+

11 “Efraime e ne e le khomo ea sethole e koetlisitsoeng e ratang ho pola;+ ’me ke ile ka feta holim ’a molala oa hae o motle. Ke etsa hore e mong a palame Efraime.+ Juda oa lema;+ Jakobo oa mo ekhela.+ 12 Itjalleng peō ka ho loka;+ kotulang tumellanong le mosa o lerato.+ Itemeleng thite,+ ha ho sa na le nako ea ho batla Jehova ho fihlela a tla+ ’me a le rupela ka ho loka.+

13 “Le lemile bokhopo.+ Le kotutse ho se loke.+ Le jele litholoana tsa thetso,+ kaha le tšepile tsela ea lōna,+ letšoeleng la ba matla ba lōna.+ 14 Ho hlahile moferefere har’a batho ba lōna,+ ’me metse ea lōna e etselitsoeng liqhobosheane kaofela e tla tlatlaptjoa,+ joaloka ho tlatlaptjoa ha ba ntlo ea Arbele ke Shalmane, letsatsing la ntoa ha ’mè a ne a robakanngoa haufi le bara ba hae.+ 15 Ka sebele e mong o tla le etsa ka tsela ena, Lōna ba Bethele, ka lebaka la bobe+ ba lōna bo fetisisang. Ha mafube a hlaha ka sebele morena oa Iseraele o tla lokela ho khutsisoa.”+

11 “Ha Iseraele e sa le moshanyana, ka nako eo ke ne ke mo rata,+ ’me ke bitsitse mora oa ka Egepeta.+

2 “Ba ile ba ba bitsa.+ Ka tekanyo e tšoanang ba ile ba tloha ho bona.+ Ba ile ba etsetsa litšoantšo tsa Baale sehlabelo,+ ’me ba qala ho etsetsa litšoantšo tse betliloeng mosi oa sehlabelo.+ 3 Empa ha e le ’na, ka ruta Baefraime ho tsamaea,+ ka ba sika ka matsoho;+ ’me ha baa ka ba hlokomela hore ke ba folisitse.+ 4 Ke ’nile ka ba hula ka liropo tsa motho oa lefatše, ka lithapo tsa lerato,+ hoo ho bona ke ileng ka ba joaloka ba tlosang joko mehlahareng+ ea bona, ’me ka bonolo ka tlisetsa e mong le e mong lijo.+ 5 Ba ke ke ba khutlela naheng ea Egepeta, empa Assyria e tla ba morena+ oa bona, hobane ba hanne ho khutla.+ 6 Ka sebele sabole e tla tsokoa metseng+ ea bona ’me e felise mekoallo ea bona le ho timetsa+ ka lebaka la merero ea bona.+ 7 Sechaba sa ka se na le tšekamelo ea ho se tšepahale ho ’na.+ Ba se bitsetsa holimo; ho hang ha ho le ea mong ea nyolohang ka tsela leha e le efe.

8 “Nka fana ka uena joang, Uena Efraime?+ Nka nehelana ka uena joang, Uena Iseraele?+ Nka u beha joang joaloka Adma?+ Nka u beha joang joaloka Zeboime?+ Pelo ea ka e fetohile ka hare ho ’na;+ ka nako e tšoanang qenehelo ea ka e fetohile e chesang. 9 Nke ke ka bontša bohale ba ka bo tukang.+ Nke ke ke ka boela ka felisa Efraime,+ etsoe ’na ke Molimo+ ha ke motho, Mohalaleli har’a lōna;+ ’me nke ke ka tla ka khalefo. 10 Ba tla latela Jehova.+ O tla puruma joaloka tau;+ etsoe o tla puruma,+ ’me bara ba tla tla ba thothomela ho tsoa bophirimela.+ 11 Joaloka nonyana ba tla tla ba thothomela ho tsoa Egepeta,+ le joaloka leeba ho tsoa naheng ea Assyria;+ ’me ka sebele ke tla etsa hore ba lule matlong a bona,” ho bolela Jehova.+

12 “Efraime o mpota-potile ka leshano,+ le ba ntlo ea Iseraele ba mpota-potile ka thetso. Empa, Juda o sa ntse a tsamaea le Molimo,+ ’me oa tšepahala ho Ea Halalelang ka ho Fetisisa.”

12 “Baefraime ba iphepa ka moea+ ’me ba lelekisa moea oa bochabela letsatsi lohle.+ Ba atisa leshano le ho tlatlapa.+ Ba hlaba selekane le Assyria,+ ’me oli e tlisoa Egepeta.

2 “Jehova o na le nyeoe le Juda,+ esita le ho ahlola litaba khahlanong le Jakobo ho ea ka litsela tsa hae;+ o tla mo buseletsa ho ea ka mesebetsi ea hae.+ 3 Ka mpeng o ile a tšoara mor’abo ka serethe,+ ’me ka matla a hae a maholo a tsekisana le Molimo.+ 4 A ’na a tsekisana le lengeloi ’me qetellong a hlōla.+ A lla, e le hore a ka ikōpela mohau.”+

A mo fumana Bethele,+ ’me A qala ho bua le rōna moo.+ 5 Jehova Molimo oa mabotho,+ Jehova ke sehopotso sa hae.+

6 “Ha e le uena, u lokela ho khutlela ho Molimo oa hao,+ u boloke mosa o lerato+ le toka;+ ’me u ke u tšepe Molimo oa hao kamehla.+ 7 Ha e le rakhoebo, likala tsa thetso li letsohong la hae;+ o ratile ho etsa bolotsana.+ 8 Efraime o ntse a re, ‘Ka sebele, ke ruile;+ ke iphumanetse lintho tsa bohlokoa.+ Mabapi le ho sehla hohle ha ka, ba tla fumana ho se phoso eo e leng sebe ho ’na.’+

9 “Empa ke ’na Jehova Molimo oa hao ho tloha naheng ea Egepeta.+ Leha ho le joalo ke tla etsa hore u lule litenteng joaloka matsatsing a nako e behiloeng. 10 Ke ile ka bua le baprofeta,+ ’me ke atisitse lipono, ’me ke ’nile ka etsa litšoantšo ka matsoho a baprofeta.+

11 “Ho etsahetse se sa tloaelehang,+ le leshano+ Gileade. Ba entse esita le mahlabelo a lipoho Gilgale.+ Ho feta moo, lialetare tsa bona li joaloka liqubu tsa majoe litseleng tsa mehoma tsa naha e sabaletseng.+ 12 Jakobo o ile a qala ho balehela naheng ea Syria,+ ’me Iseraele+ a ’na a sebeletsa ho fumana mosali,+ ’me a lebela linku+ bakeng sa ho fumana mosali. 13 Jehova a ntša Iseraele Egepeta ka moprofeta,+ ’me a lebeloa ke moprofeta.+ 14 Efraime o bakile khopiso bohlokong,+ ’me liketso tsa hae tsa tšollo ea mali o li siea holim ’a hae,+ ’me Mong’a hae e Moholo o tla buseletsa nyeliso ea hae.”+

13 “Ha Baefraime ba ne ba bua, ho bile le ho thothomela; ba ile ba jara boima Iseraele.+ Empa ba ile ba ba molato mabapi le Baale+ ’me ba shoa.+ 2 Joale ba etsa sebe se eketsehileng ’me ba iketsetsa seemahale se entsoeng ka ho qhibilihisoa ha silevera ea bona,+ litšoantšo tse rapeloang ho ea ka kutloisiso ea bona,+ mosebetsi oa litsebi tsa mesebetsi ea matsoho, kaofela ha tsona.+ Ba re ho tsona, ‘Batho ba etsang mahlabelo ba ake manamane.’+ 3 Ka hona ba tla ba joaloka maru a hoseng+ le joaloka phoka e tlohang kapele; joaloka ’mōkō o fefoloang seotlong+ le joaloka mosi lesobeng la marulelo.

4 “Empa ke ’na Jehova Molimo oa hao ho tsoa naheng ea Egepeta,+ ’me ho ne ho se Molimo eo u kileng ua mo tseba haese ’na; ’me ho ne ho se mopholosi haese ’na.+ 5 Ke u tsebile lefeelleng,+ naheng ea feberu.+ 6 Ho ea ka lekhulo la bona ba boetse ba khora.+ Ba ile ba khora ’me lipelo tsa bona tsa qala ho iphahamisa.+ Ke ka lebaka leo ba ileng ba ntebala.+ 7 Ho bona ke tla tšoana le taoana.+ Ke tla ’ne ke talime joaloka lengau tseleng.+ 8 Ke tla teana le bona joaloka bere e lahlehetsoeng ke malinyane a eona,+ ’me ke tla hahola se koahetseng lipelo tsa bona. Ke tla ba harola moo joaloka tau;+ sebata sa naha se tla ba rusolla.+ 9 Ka sebele se tla u felisa,+ Uena Iseraele, hobane e ne e le khahlanong le ’na, khahlanong le mothusi oa hao.+

10 “Joale, morena oa hao o hokae, e le hore a ka u pholosa metseng eohle ea hao,+ le baahloli ba hao, bao u itseng mabapi le bona, ‘Mphe morena le likhosana’?+ 11 Ke ile ka u fa morena khalefong ea ka,+ ’me ke tla mo tlosa bohaleng ba ka.+

12 “Phoso ea Efraime e phuthetsoe, sebe sa hae se bolokiloe.+ 13 O tla tleloa ke bohloko ba pelehi ba mosali ea belehang.+ Ke mora ea seng bohlale,+ etsoe ka nako ea teng a ke ke a ema ha bara ba hlaha pōpelong.+

14 “Ke tla ba lopolla letsohong la Sheole;+ ke tla ba lokolla lefung.+ Metsu ea hao e hokae, Uena Lefu?+ Ho timetsa ha hao ho kae, Uena Sheole?+ Qenehelo e tla patoa mahlong a ka.+

15 “Haeba joaloka mora oa limela tsa lehlaka a ka beha,+ moea oa bochabela, moea oa Jehova, o tla tla.+ O tla o tsoa lefeelleng, ’me o tla omisa seliba sa hae le ho omisa mohloli oa hae.+ Eo o tla nka ka mahahapa letlotlo la lintho tsohle tse lakatsehang.+

16 “Basamaria ba tla nkoa ba le molato,+ etsoe ba fetohetse Molimo oa bona.+ Ba tla oa ka sabole.+ Bana ba bona ba tla robakanngoa,+ ’me basali ba bona ba baimana ba tla taboloa.”+

14 “Lōna Baiseraele, le khutlele ho Jehova Molimo oa lōna,+ etsoe le khopiloe phosong+ ea lōna. 2 Inkeleng mantsoe ’me le khutlele ho Jehova.+ E-reng ho eena, kaofela ha lōna, ‘E se eka u ka tšoarela phoso;+ ’me u amohele se molemo, ’me re tla nyehela e le puseletso lipohoana tsa melomo ea rōna.+ 3 Assyria e ke ke ea re pholosa.+ Re ke ke ra palama lipere.+ Ha re sa tla hlola re re: “Molimo oa rōna!” mosebetsing oa matsoho a rōna, hobane ke ka uena moshanyana ea se nang ntate a bontšoang mohau.’+

4 “Ke tla folisa ho se tšepahale+ ha bona. Ke tla ba rata ka boithatelo ba ka,+ hobane bohale ba ka bo khutlile ho eena.+ 5 Ke tla tšoana le phoka ho Iseraele.+ O tla thunya joaloka khahla, ’me o tla ntša metso ea hae joaloka Lebanone. 6 Makala a hae a tla tsoa, ’me ho hlompheha ha hae ho tla tšoana le ha sefate sa mohloaare,+ ’me monko oa hae o monate o tla tšoana le oa Lebanone. 7 Ba tla boela ba lule moriting+ oa hae. Ba tla jala lijo-thollo, ’me ba tla ba le lithunthung joaloka sefate sa morara.+ Sehopotso sa hae se tla tšoana le veine ea Lebanone.

8 “Efraime o tla re, ‘Ke sa tla etsa eng ka litšoantšo tse rapeloang?’+

“Ka sebele ke tla araba ’me ke tla ’ne ke mo talime.+ Ke joaloka sefate sa junipere se behang haholo.+ Ho ’na ho tla fumanoa litholoana tse ngata bakeng sa hao.”

9 Ke mang ea bohlale, e le hore a ka utloisisa lintho tsee?+ Ea masene, e le hore a ka li tseba?+ Etsoe litsela tsa Jehova li lokile,+ ’me ba lokileng ke bona ba tla tsamaea ho tsona;+ empa batlōli ke bona ba tla khoptjoa ho tsona.+

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela