Daniele
1 Ka selemo sa boraro sa ho busa ha Jojakime+ morena oa Juda, Nebukadnezare morena oa Babylona a tla Jerusalema ’me a e thibella.+ 2 Ka mor’a nako Jehova a nehelana ka Jojakime morena oa Juda+ le karolo ea lisebelisoa+ tsa ntlo ea Molimo oa ’nete letsohong la hae, hoo a ileng a li tlisa naheng ea Shinare+ ka tlung ea molimo oa hae; a tlisa lisebelisoa ka tlung ea matlotlo ea molimo oa hae.+
3 Joale morena a re Ashpenaze molaoli oa hae oa lekhotla ea ka sehloohong+ a tlise ba bang ba bara ba Iseraele le bana ba lesika la borena le ba marena,+ 4 bana bao ho neng ho se na sekoli+ ho bona ho hang, empa ba e-na le ponahalo e ntle ’me ba e-na le temohisiso bohlaleng+ bohle ’me ba tloaelane le tsebo, ’me ba e-na le temoho ea se tsejoang,+ bao ho bona ho neng ho boetse ho e-na le bokhoni ba ho ema ka tlung ea ’muso ea morena;+ ’me a ba ruta mongolo le puo ea Bakalde. 5 Ho feta moo, morena a ba abela kabelo ea letsatsi le letsatsi ea limenyemenye+ tsa morena le ea veine ea hae e nooang, esita le ho ba fepa ka lilemo tse tharo, e le hore bofelong ba tsona ba ka ema ka pel’a morena.
6 Joale har’a bona ho ne ho e-na le ba bang ba bara ba Juda, Daniele,+ Hanania, Mishaele le Azaria.+ 7 Molaoli oa lekhotla ea ka sehloohong a ba reha mabitso.+ Kahoo a reha Daniele lebitso la Beltsatsare;+ ’me Hanania a mo reha lebitso la Shadrake; Mishaele a mo reha lebitso la Meshake; Azaria a mo reha lebitso la Abednego.+
8 Empa Daniele a etsa qeto ka pelong ea hae hore a ke ke a itšilafatsa+ ka limenyemenye tsa morena le ka veine ea hae e nooang. A ’na a kōpa molaoli oa lekhotla ea ka sehloohong hore a se ke a itšilafatsa.+ 9 Tumellanong le hoo Molimo oa ’nete a fa Daniele mosa o lerato le mohau ka pel’a molaoli oa lekhotla ea ka sehloohong.+ 10 Kahoo molaoli oa lekhotla ea ka sehloohong a re ho Daniele: “Ke tšaba khosi ea ka morena, ea abileng lijo tsa lōna le lino tsa lōna.+ Joale, ke hobane’ng ha a lokela ho bona lifahleho tsa lōna li shebahala li nyahame ha li bapisoa le tsa bana bao e leng lithaka tsa lōna, ke hobane’ng ha le lokela ho etsa hore hlooho ea ka e be molato ho morena?” 11 Empa Daniele a re ho mohlokomeli eo molaoli oa lekhotla ea ka sehloohong+ a neng a mo behile hore a okamele Daniele, Hanania, Mishaele le Azaria: 12 “Ka kōpo, leka bahlanka ba hao ka matsatsi a leshome, ’me ba re fe meroho+ re je le metsi re noe; 13 lifahleho tsa rōna le lifahleho tsa bana ba jang limenyemenye tsa morena li ke li hlahe ka pel’a hao, ’me u etse ho ea kamoo u bonang kateng ka bahlanka ba hao.”
14 Qetellong a ba mamela mabapi le taba ena ’me a ba leka ka matsatsi a leshome. 15 Bofelong ba matsatsi a leshome lifahleho tsa bona tsa bonahala li le ntle ebile li nonne ho feta tsa bana bohle ba neng ba ja limenyemenye tsa morena.+ 16 Kahoo mohlokomeli a ’na a nka limenyemenye tsa bona le veine ea bona e nooang ’me a ba fa meroho.+ 17 Ha e le bana bana, ka bone ba bona, Molimo oa ’nete a ba fa tsebo le temohisiso ea mongolo oohle le bohlale;+ Daniele o ne a e-na le kutloisiso ea lipono tsa mefuta eohle le litoro.+
18 Bofelong ba matsatsi ao ka ’ona morena a neng a itse ba tlisoe,+ molaoli oa lekhotla ea ka sehloohong le eena a ba tlisa ka pel’a Nebukadnezare. 19 Morena a qala ho bua le bona, ’me ho bona bohle ha hoa ka ha fumanoa ea tšoanang le Daniele, Hanania, Mishaele le Azaria;+ ’me ba ile ba tsoela pele ho ema ka pel’a morena.+ 20 Mabapi le taba e ’ngoe le e ’ngoe ea bohlale le kutloisiso+ eo morena a neng a ba botsa eona, o ile a fumana ba bile ba le bohlale ka makhetlo a leshome ho feta baprista bohle ba sebelisang boselamose+ le linohe+ tse neng li le sebakeng sohle sa hae se pusong ea borena. 21 Daniele a lula moo ho fihlela selemong sa pele sa Morena Cyruse.+
2 Ka selemo sa bobeli sa ho busa ha Nebukadnezare, Nebukadnezare a lora litoro;+ moea oa hae oa qala ho khathatseha,+ ’me a hloka boroko. 2 Kahoo morena a re ho bitsoe baprista ba sebelisang boselamose+ le linohe le baloi le Bakalde hore ba bolelle morena litoro tsa hae.+ Ba kena ’me ba ema ka pel’a morena. 3 Joale morena a re ho bona: “Ho na le toro eo ke e lorileng, ’me moea oa ka o khathatsehile hore o tsebe toro eo.” 4 Eaba Bakalde ba bua le morena ka puo ea Searame:+ “Morena, tsoela pele u phela esita le ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.+ Bolella bahlanka ba hao toro, ’me re tla bolela tlhaloso.”+
5 Morena a bua ’me a re ho Bakalde: “Ke ntse ke phatlalatsa taelo: Haeba le sa ntsebise toro, le tlhaloso ea eona, le tla khaoloa litho,+ ’me matlo a lōna a tla fetoloa matloana a sechaba.+ 6 Empa haeba le tla bolela toro le tlhaloso ea eona, le tla amohela limpho le neo le ho hlompheha ho hoholo ho tsoa ho ’na.+ Ka hona mpolelleng toro le tlhaloso ea eona.”
7 Ba araba ka lekhetlo la bobeli ba re: “Morena a ke a bolelle bahlanka ba hae toro, ’me re tla bolela tlhaloso ea eona.”
8 Morena a bua ’me a re: “Kannete, kea hlokomela hore le leka ho fumana nako, kahobane le lemohile hore ke ntse ke phatlalatsa taelo. 9 Etsoe haeba le sa ntsebise toro, kahlolo+ ena e le ’ngoe feela e holim ’a lōna. Empa le lumellane ka ho bua leshano le lentsoe le fosahetseng ka pel’a ka,+ ho fihlela nako e fetoha. Ka hona mpolelleng toro, ’me ke tla tseba hore le ka mpolella tlhaloso ea eona.”
10 Bakalde ba araba ka pel’a morena, ’me ba re: “Ha ho motho naheng e omileng ea ka khonang ho bolella morena taba ena, kahobane ha ho morena e moholo kapa ’musisi ea kōpileng ntho e kang ena ho moprista leha e le ofe ea sebelisang boselamose kapa senohe kapa Mokalde. 11 Empa ntho eo morena a e kōpang e thata, ’me ha ho e mong osele ea ka e bolelang ka pel’a morena haese melimo,+ eo bolulo ba eona bo seng nameng ho hang.”+
12 Ka lebaka la sena morena a tlala bohale ’me a halefa haholo,+ a re ho timetsoe banna bohle ba bohlale ba Babylona.+ 13 Taelo ea tsoa, ’me banna ba bohlale ba ne ba le makhatheng a ho bolaoa; ba batla Daniele le metsoalle ea hae, hore ba bolaoe.
14 Ka nako eo Daniele a bua ka bohlale le kelello+ le Arioke mookameli oa balebeli ba morena, ba neng ba tsoile ho ea bolaea banna ba bohlale ba Babylona. 15 A bua ’me a re ho Arioke molaoli oa morena: “Ke hobane’ng ha morena a ntšitse taelo e thata hakaalo?” Joale Arioke a tsebisa Daniele taba eo.+ 16 Kahoo Daniele a kena ’me a kōpa morena hore a mo fe nako e tobileng ea ho bolella morena tlhaloso.+
17 Ka mor’a moo Daniele a ea ntlong ea hae; ’me a tsebisa metsoalle ea hae Hanania, Mishaele le Azaria taba eo, 18 hore le bona ba kōpe mehauhelo+ ho Molimo oa leholimo+ malebana le sephiri sena,+ e le hore ba se ke ba timetsa Daniele le metsoalle ea hae le banna ba bohlale ba Babylona ba setseng.+
19 Joale Daniele o ile a senoleloa sephiri seo ponong ea bosiu.+ Ka lebaka leo Daniele a boka+ Molimo oa leholimo. 20 Daniele a bua ’me a re: “Lebitso la Molimo le ke le bokoe+ ho tloha nakong e sa lekanyetsoang esita le ho isa nakong e sa lekanyetsoang, ka lebaka la bohlale le matla—etsoe ke tsa hae.+ 21 O fetola linako le mehla,+ o tlosa marena le ho emisa marena,+ o fana ka bohlale ho ba bohlale le tsebo ho ba tsebang temoho.+ 22 O senola lintho tse tebileng le lintho tse patiloeng,+ o tseba se leng lefifing;+ ’me leseli+ le lula ho eena. 23 Molimo oa baholo-holo ba ka, ke u fa thoriso le pabatso,+ kahobane u mphile bohlale+ le matla. Joale u ntsebisitse seo re u kōpileng sona, etsoe u re tsebisitse taba eona eo ea morena.”+
24 Ka lebaka la sena Daniele a kena ho Arioke,+ eo morena a neng a mo behile hore a timetse banna ba bohlale ba Babylona.+ A ea, ’me sena ke seo a ileng a mo bolella sona: “U se ke ua timetsa banna leha e le bafe ba bohlale ba Babylona. Nkise ka pel’a morena,+ e le hore nka bolella morena tlhaloso.”
25 Joale ka potlako, Arioke a isa Daniele ka pel’a morena, ’me sena ke seo a ileng a mo bolella sona: “Ke fumane monna ea shahlileng oa baholehuoa+ ba Juda ea ka tsebisang morena tlhaloso.” 26 Morena a bua ’me a re ho Daniele, eo lebitso la hae e neng e le Beltsatsare:+ “Na u tšoaneleha ka ho lekaneng ho ntsebisa toro eo ke e boneng, le tlhaloso ea eona?”+ 27 Daniele a araba ka pel’a morena ’me a re: “Sephiri seo morena a se kōpang, banna ba bohlale, linohe, baprista ba sebelisang boselamose le linohe tsa linaleli ha li khone ho se bolella morena.+ 28 Leha ho le joalo, ho na le Molimo maholimong eo e leng Mosenoli oa liphiri,+ ’me o tsebisitse Morena Nebukadnezare se tla etsahala karolong e qetellang ea matsatsi.+ Toro ea hao le lipono tsa hlooho ea hao holim ’a bethe ea hao—ke tsena:
29 “Ha e le uena, morena, holim ’a bethe+ ea hao ho hlahile menahano ea hao mabapi le se tla etsahala ka mor’a sena, ’me Eo e leng Mosenoli oa liphiri o u tsebisitse se tla etsahala.+ 30 Ha e le ’na, ha kea senoleloa sephiri sena ka lebaka la bohlale leha e le bofe bo leng ka ho ’na bo fetang bo leng ho ba bang leha e le bafe ba phelang,+ haese ka morero oa hore tlhaloso e ka tsebisoa morena le hore u tsebe menahano ea pelo ea hao.+
31 “Morena, u ile ua talima, ’me, bona! setšoantšo se itseng se seholohali. Setšoantšo seo, se neng se le seholo ’me ho khanya ha sona e le ho sa tloaelehang, se ne se eme ka pel’a hao, ’me ponahalo ea sona e ne e le e tšabehang. 32 Ha e le setšoantšo seo, hlooho ea sona e ne e le ea khauta e ntle,+ sefuba sa sona le matsoho a sona e le a silevera,+ mpa ea sona le lirope tsa sona e le tsa koporo,+ 33 meomo ea sona e le ea tšepe,+ karolo e ’ngoe ea maoto a sona e le ea tšepe ’me karolo e ’ngoe e le ea letsopa le bōpiloeng.+ 34 Ua ’na ua talima ho fihlela lejoe le khephoha empa eseng ka matsoho,+ ’me le otla setšoantšo seo maotong a sona a tšepe le letsopa le bōpiloeng ’me la a silakanya.+ 35 Ka nako eo tšepe, letsopa le bōpiloeng, koporo, silevera le khauta, kaofela ha tsona, tsa silakanngoa le ho ba joaloka ’mōkō o tsoang seotlong sa lehlabula,+ ’me moea oa li fefola hoo ho sa kang ha fumanoa mohlala oa tsona ho hang.+ Ha e le lejoe le ileng la otla setšoantšo, le ile la fetoha thaba e khōlō ’me la tlala lefatše lohle.+
36 “Toro ke ena, ’me tlhaloso ea eona re tla e bolela ka pel’a morena.+ 37 Morena, morena oa marena, uena eo Molimo oa leholimo a u fileng ’muso,+ bonatla, le matla le ho hlompheha, 38 le eo a mo fileng letsohong,+ kae kapa kae moo bara ba moloko oa batho ba lulang teng, libata tsa naha le libōpuoa tse nang le mapheo tsa maholimo, le eo a mo entseng ’musi holim ’a tsona kaofela, u hlooho ea khauta.+
39 “Ka mor’a hao ho tla hlaha ’muso o mong+ o tlaasana ho uena;+ le ’muso o mong, oa boraro, oa koporo, o tlang ho busa holim ’a lefatše lohle.+
40 “Ha e le ’muso oa bone,+ o tla ba matla joaloka tšepe.+ Joalokaha tšepe e silakanya le ho sila ntho e ’ngoe le e ’ngoe, kahoo, joaloka tšepe e tamukanyang, le eona ena o tla e silakanya le ho e tamukanya kaofela.+
41 “Erekaha u bone maoto le menoana eo karolo e ’ngoe ea eona e leng letsopa le bōpiloeng la sebōpi ’me karolo e ’ngoe e le ea tšepe,+ ’muso oo o tla arohana,+ empa o tla batla o e-ba thata joaloka tšepe, kahobane u bone tšepe e tsoakane le letsopa le mongobo.+ 42 Ha e le menoana ea maoto eo karolo e ’ngoe ea eona e leng ea tšepe ’me karolo e ’ngoe e le ea letsopa le bōpiloeng, ka karolo e ’ngoe ’muso oo o tla ba matla ’me ka karolo e ’ngoe e tla ba o pshatlehang. 43 Erekaha u bone tšepe e tsoakane le letsopa le mongobo, ba tla tsoakana le bana ba moloko oa batho; empa ba ke ke ba khomarelana, enoa ho eane, feela joalokaha tšepe e sa tsoakane le letsopa le bōpiloeng.
44 “Matsatsing a marena ao+ Molimo oa leholimo+ o tla emisa ’muso+ o ke keng oa senngoa le ka mohla.+ ’Muso oo o ke ke oa fetisetsoa ho batho leha e le bafe ba bang.+ O tla silakanya o felise mebuso ena kaofela,+ ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang;+ 45 kahobane u bone hore lejoe le ile la khephoha thabeng eseng ka matsoho,+ le hore le ile la silakanya tšepe, koporo, letsopa le bōpiloeng, silevera le khauta.+ Molimo e Moholo+ o tsebisitse morena se tla etsahala ka mor’a sena.+ Toro ea tšepahala, ’me tlhaloso ea eona ke e ka tšeptjoang.”+
46 Ka nako eo Morena Nebukadnezare a itihela fatše ka sefahleho, ’me a isa tlhompho ho Daniele, ’me a re ho nyeheloe esita le mpho le libano ho eena.+ 47 Morena a bua le Daniele ’me a re: “Kannete Molimo oa lōna ke Molimo oa melimo+ le Khosi ea marena+ le Mosenoli oa liphiri, hobane u khonne ho senola sephiri sena.”+ 48 Ka lebaka leo morena a etsa hore Daniele a be moholo,+ ’me a mo fa limpho tse khōlō tse ngata, ’me a mo etsa ’musi oa profinse eohle ea Babylona+ le molaoli ea ka sehloohong oa banna bohle ba bohlale ba Babylona. 49 Daniele a etsa kōpo ho morena, ’me a beha Shadrake, Meshake le Abednego hore ba tsamaise profinse ea Babylona,+ empa Daniele o ne a le ka lekhotleng+ la morena.
3 Morena Nebukadnezare a etsa setšoantšo+ sa khauta, seo bophahamo ba sona e neng e le litsoe tse mashome a tšeletseng ’me bophara ba sona e le litsoe tse tšeletseng. A se emisa thoteng ea Dura profinseng ea Babylona.+ 2 Nebukadnezare e le morena a romela hore ho bokelloe babusisi ba liprofinse, balaoli+ le babusisi, baeletsi, batšoari ba matlotlo, baahloli, bo-mastrata+ ba sepolesa le batsamaisi bohle ba liprofinse hore ba tle khakolong+ ea setšoantšo seo Morena Nebukadnezare a neng a se emisitse.
3 Ka nako eo babusisi ba liprofinse,+ balaoli le babusisi, baeletsi, batšoari ba matlotlo, baahloli, bo-mastrata ba sepolesa le batsamaisi bohle ba liprofinse ba ne ba bokana bakeng sa khakolo ea setšoantšo seo Morena Nebukadnezare a neng a se emisitse, ’me ba ne ba eme ka pel’a setšoantšo seo Nebukadnezare a neng a se emisitse. 4 Seboholi+ se ne se hoeletsa ka lentsoe le phahameng: “Ho thoe ho lōna batho, lichaba le lipuo,+ 5 ka nako eo le utloang molumo oa lenaka, phala, zitha, harepa e likhutlo li tharo, seletsa se likhoele, phala e nang le mokotlana oa moea le liletsa tsa ’mino tsa mefuta eohle,+ le itihele fatše ’me le rapele setšoantšo sa khauta seo Morena Nebukadnezare a se emisitseng. 6 Mang kapa mang ea sa itiheleng fatše le ho rapela+ o tla lahleloa ka sebōping se tukang sa mollo+ ka motsotso oona oo.”+ 7 Ka lebaka la sena, ka nako e tšoanang ha lichaba tsohle li utloa molumo oa lenaka, phala, zitha, harepa e likhutlo li tharo, seletsa se likhoele le liletsa tsa ’mino tsa mefuta eohle, batho bohle,+ lichaba le lipuo li ne li itihela fatše le ho rapela setšoantšo sa khauta seo Morena Nebukadnezare a neng a se emisitse.
8 Ka lebaka la sena, ka nako eona eo Bakalde ba itseng ba atamela ’me ba qosa Bajuda.+ 9 Ba araba, ’me ba re ho Morena Nebukadnezare: “Morena, tsoela pele u phela esita le ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.+ 10 Morena, u ntšitse taelo ea hore motho e mong le e mong ea utloang molumo oa lenaka, phala, zitha, harepa e likhutlo li tharo, seletsa se likhoele, le phala e nang le mokotlana oa moea le liletsa tsa ’mino tsa mefuta eohle,+ o lokela ho itihela fatše ’me a rapele setšoantšo sa khauta; 11 le hore mang kapa mang ea ke keng a itihela fatše le ho rapela o lokela ho lahleloa ka sebōping se tukang sa mollo.+ 12 Ho na le Bajuda ba itseng bao u ba behileng hore ba tsamaise profinse ea Babylona,+ Shadrake, Meshake le Abednego; banna bana ba shahlileng ha ba re letho ka uena, morena, ha ba sebeletse melimo ea hao, ’me ha ba rapele setšoantšo sa khauta seo u se emisitseng.”+
13 Ka nako eo Nebukadnezare, ka bohale le khalefo,+ a re ho tlisoe Shadrake, Meshake le Abednego.+ Ka lebaka leo banna bana ba shahlileng ba tlisoa ka pel’a morena. 14 Nebukadnezare a bua ’me a re ho bona: “Na ka sebele ho joalo, Lōna Shadrake, Meshake le Abednego, hore ha le sebeletse melimo ea ka,+ ’me ha le rapele setšoantšo sa khauta seo ke se emisitseng?+ 15 Joale haeba le itokisitse e le hore ha le utloa molumo oa lenaka, phala, zitha, harepa e likhutlo li tharo, seletsa se likhoele, le phala e nang le mokotlana oa moea le liletsa tsa ’mino tsa mefuta eohle,+ le itihele fatše ’me le rapele setšoantšo seo ke se entseng, ke hantle. Empa haeba le sa rapele, ka motsotso oona oo le tla lahleloa ka sebōping se tukang sa mollo. Molimo eo ke mang ea ka le pholosang matsohong a ka?”+
16 Shadrake, Meshake le Abednego ba araba, ’me ba re ho morena: “Nebukadnezare, ntlheng ena ha ho letho le re tlamang hore re u arabe.+ 17 Haeba ho ka ba joalo, Molimo oa rōna eo re mo sebeletsang o tla khona ho re pholosa. O tla re pholosa sebōping se tukang sa mollo le letsohong la hao,+ morena. 18 Empa haeba ho se joalo, u tsebe, morena, hore melimo ea hao hase eona eo re e sebeletsang, ’me setšoantšo sa khauta seo u se emisitseng re ke ke ra se rapela.”+
19 Joale Nebukadnezare a tlala khalefo, ’me ponahalo ea sefahleho sa hae e ile ea fetohela Shadrake, Meshake le Abednego. A bua ’me a re sebōpi se beseletsoe ka makhetlo a supileng ho feta kamoo ho neng ho tloaelehile hore se beseletsoe kateng. 20 A re banna ba itseng ba shahlileng ba mafolofolo+ ba neng ba le lebothong la hae la sesole ba tlame Shadrake, Meshake le Abednego, e le hore ba ba lahlele ka sebōping se tukang sa mollo.+
21 Joale banna bana ba shahlileng ba ne ba tlamiloe ba apere liaparo tsa bona tsa ka holimo, liaparo tsa bona le likatiba tsa bona le liaparo tse ling tsa bona ’me ba lahleloa ka sebōping se tukang sa mollo. 22 Kahobane feela lentsoe la morena le ne le le thata ’me ho ne ho entsoe hore sebōpi se chese ka ho fetisisa, banna bana ba shahlileng ba ileng ba nka Shadrake, Meshake le Abednego ke bona ba ileng ba bolaoa ke malakabe a mollo. 23 Empa banna bana ba bang ba shahlileng, ka boraro ba bona, Shadrake, Meshake le Abednego, ba oela ka har’a sebōpi se tukang sa mollo ba tlamiloe.+
24 Ka nako eo Morena Nebukadnezare a tšoha ’me a ema ka potlako. A bua ’me a re ho balaoli ba hae ba phahameng ba hlomphehang: “Na ha rea lahlela banna ba bararo ba shahlileng ka har’a mollo ba tlamiloe?”+ Ba araba ’me ba re ho morena: “E, morena.” 25 A bua ’me a re: “Bonang! Ke bona banna ba bane ba shahlileng ba tsamaea ba lokolohile ka har’a mollo, ’me ha ba tsoe kotsi, ’me ponahalo ea oa bone e tšoana le ea mora oa melimo.”+
26 Joale Nebukadnezare a atamela lemati la sebōpi se tukang sa mollo.+ A bua ’me a re: “Shadrake, Meshake le Abednego, lōna bahlanka ba Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa,+ tsoang ’me le tle mona!” Ka nako eo Shadrake, Meshake le Abednego ba ne ba tsoa ka har’a mollo. 27 Babusisi ba liprofinse, balaoli le babusisi le balaoli ba phahameng+ ba morena ba neng ba bokane ba ne ba talimile banna bana ba shahlileng, hore mollo o ne o sa ba le matla ’meleng ea bona,+ ’me ho ne ho se moriri oa lihlooho+ tsa bona o neng o tlabohile, esita le liaparo tsa bona tsa ka holimo li ne li sa fetoha le monko oa mollo o ne o sa lula ho bona.
28 Nebukadnezare a bua ’me a re: “Ho bokoe Molimo oa Shadrake, Meshake le Abednego,+ ea rometseng lengeloi+ la hae ’me a pholosa bahlanka ba hae ba neng ba mo tšepile+ le ba ileng ba fetola lentsoe la morena ’me ba nehelana ka ’mele ea bona, hobane ba ne ba ke ke ba sebeletsa+ ’me ba ne ba ke ke ba rapela+ molimo leha e le ofe ho hang haese Molimo oa bona.+ 29 Ke fana ka taelo,+ hore batho leha e le bafe, sechaba kapa puo ba buang ntho leha e le efe e fosahetseng khahlanong le Molimo oa Shadrake, Meshake le Abednego ba lokela ho khaoloa litho,+ ’me matlo a bona a lokela ho fetoloa matloana a sechaba;+ kahobane ha ho molimo e mong ea khonang ho lopolla ho tšoana le enoa.”+
30 Ka nako eo morena a etsa hore Shadrake, Meshake le Abednego ba atlehe profinseng ea Babylona.+
4 “Morena Nebukadnezare, ho batho bohle, lichaba le lipuo ba lulang lefatšeng lohle:+ E se eka khotso ea lōna e ka ngatafala.+ 2 Lipontšo le limakatso tseo Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa a nketselitseng tsona, ke bone ho le molemo ho li bolela.+ 3 Lipontšo tsa hae li khōlō hakaakang, ’me limakatso tsa hae li matla hakaakang!+ ’Muso oa hae ke ’muso ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+ ’me bobusi ba hae bo teng ho isa molokong o mong ka mor’a o mong.+
4 “’Na, Nebukadnezare, ke ne ke lutse ka boiketlo+ ka tlung ea ka ’me ke atleha ka tlung ea ka ea ’muso.+ 5 Ho bile le toro eo ke ileng ka e bona, ’me ea qala ho ntšosa.+ Ka ba le litšoantšo ka kelellong ha ke le betheng ea ka ’me lipono tsa hlooho ea ka tsa qala ho ntšosa.+ 6 Ka fana ka taelo ea hore ho tlisoe ka pel’a ka banna bohle ba bohlale ba Babylona, hore ba ntsebise tlhaloso ea toro.+
7 “Ka nako eo baprista ba sebelisang boselamose, linohe, Bakalde+ le linohe tsa linaleli+ tsa kena; ka bolela toro ka pel’a tsona, empa tsa se ke tsa ntsebisa tlhaloso ea eona.+ 8 Qetellong Daniele a tla ka pel’a ka, eo lebitso la hae e leng Beltsatsare+ ho ea ka lebitso la molimo oa ka+ le eo ho eena ho nang le moea oa melimo e halalelang;+ ka bolela toro ka pel’a hae:
9 “‘Uena Beltsatsare mookameli oa baprista ba sebelisang boselamose,+ kahobane ke tseba hantle hore moea oa melimo e halalelang o ho uena+ le hore ha ho sephiri se u khathatsang ho hang,+ mpolelle lipono tsa toro ea ka eo ke e boneng le tlhaloso ea eona.+
10 “‘Joale ka bona lipono tsa hlooho ea ka ha ke le betheng ea ka,+ ’me, bonang! sefate+ bohareng ba lefatše, seo bophahamo ba sona bo neng bo le boholohali.+ 11 Sefate sa hōla ’me sa e-ba matla, ’me qetellong bophahamo ba sona ba fihla maholimong, ’me se ne se bonahala ho isa pheletsong ea lefatše lohle.+ 12 Makhasi a sona e ne e le a khahlisang, ’me litholoana tsa sona li ne li le ngata, ’me ho sona ho ne ho e-na le lijo bakeng sa bohle. Libata+ tsa naha li ne li batla moriti ka tlas’a sona,+ ’me linonyana tsa maholimo li ne li lula makaleng a sona,+ ’me nama eohle e ne e iphepa ho sona.
13 “‘Ka tsoela pele ho talima liponong tsa hlooho ea ka ha ke le betheng ea ka, ’me, bonang! molebeli,+ eena mohalaleli,+ a theoha maholimong. 14 O ne a hoeletsa ka lentsoe le phahameng, ’me sena ke seo a neng a se bolela: “Remang sefate,+ le pome makala a sona. Hlohlorang makhasi a sona, le hasanye litholoana tsa sona. Libata li ke li balehe ka tlas’a sona, le linonyana li balehe makaleng a sona.+ 15 Leha ho le joalo, le siee kutu ea sona fatše, e be e tlangoe ka lebanta la tšepe le la koporo, har’a joang ba naha; e kolobisoe ke phoka ea maholimo, ’me e be le kabelo le libata har’a limela tsa lefatše.+ 16 Pelo ea eona e se ke ea hlola e e-ba ea batho, e fuoe pelo ea sebata,+ ’me linako tse supileng+ li fete holim ’a eona. 17 Ka molao-taelo oa balebeli+ taba eo ke hore, le ka polelo ea bahalaleli kōpo eo ke ka morero oa hore batho ba phelang ba tsebe hore Ea Phahameng ka ho Fetisisa ke ’Musi ’musong oa moloko oa batho+ le hore o fana ka oona+ ho eo a batlang ho mo fa oona, ’me holim ’a oona o emisa esita le ea tlaase ka ho fetisisa oa moloko oa batho.”+
18 “‘Ena ke toro eo ’na, Morena Nebukadnezare, ke e boneng; ’me Uena Beltsatsare, bolela hore na tlhaloso e reng, kahobane banna ba bang kaofela ba bohlale ba ’muso oa ka ha ba khone ho ntsebisa tlhaloso.+ Empa uena ua tšoaneleha, hobane moea oa melimo e halalelang o ho uena.’+
19 “Ka nako eo Daniele, eo lebitso la hae e leng Beltsatsare,+ a makala ka motsotsoana, ’me menahano ea hae ea qala ho mo tšosa.+
“Morena a bua ’me a re, ‘Uena Beltsatsare, u se ke ua lumella hore toro le tlhaloso ea eona li u tšose.’+
“Beltsatsare a bua ’me a re, ‘Moren ’a ka, e se eka toro e ka sebetsa ho ba u hloileng, le tlhaloso ea eona e sebetse ho bahanyetsi ba hao.+
20 “‘Sefate seo u se boneng, se ileng sa hōla ’me sa e-ba matla le seo bophahamo ba sona qetellong bo ileng ba fihla maholimong le se neng se bonahala lefatšeng lohle,+ 21 le seo makhasi a sona a neng a khahlisa, le seo litholoana tsa sona li neng li le ngata, le seo ho sona ho neng ho e-na le lijo bakeng sa bohle; seo libata tsa naha li neng li lula ka tlas’a sona, le seo linonyana tsa maholimo li neng li lula makaleng a sona,+ 22 ke uena, morena,+ hobane u bile moholo ’me ua ba matla, le boholo ba hao bo hōlile ’me bo fihlile maholimong,+ le bobusi ba hao bo hōlile ho isa pheletsong ea lefatše.+
23 “‘Kahobane morena o bone molebeli, eena mohalaleli,+ a theoha maholimong, eo hape a neng a re: “Remang sefate, le se senye. Leha ho le joalo, le siee kutu ea sona fatše, empa e tlamiloe ka lebanta la tšepe le la koporo, har’a joang ba naha, e ke e kolobisoe ke phoka ea maholimo, ’me e be le kabelo le libata tsa naha ho fihlela linako tse supileng li feta holim ’a eona,”+ 24 tlhaloso ke ena, morena, ’me molao-taelo+ oa Ea Phahameng ka ho Fetisisa+ ke oona o tla hlahela khosi ea ka morena.+ 25 Ba tla u leleka ho batho, ’me u tla lula le libata tsa naha,+ ba tla u fa limela hore u li je joaloka lipoho;+ u tla kolobisoa ke phoka ea maholimo, ’me linako tse supileng+ li tla feta holim ’a hao, ho fihlela u tseba hore Ea Phahameng ka ho Fetisisa ke ’Musi ’musong oa moloko oa batho,+ le hore o o fa eo a batlang ho mo fa oona.+
26 “‘Kahobane ba itse ho siuoe kutu ea sefate,+ ’muso oa hao o tla tiea ho uena ka mor’a hore u tsebe hore maholimo aa busa.+ 27 Ka hona, morena, e se eka keletso ea ka e ka bonahala e le molemo ho uena,+ ’me u tlose libe tsa hao ka ho loka,+ le bokhopo ba hao ka ho bontša mohau ho mafutsana.+ Mohlomong katleho ea hao e tla lelefala.’”+
28 Sena sohle se ile sa hlahela Morena Nebukadnezare.+
29 Bofelong ba likhoeli tse leshome le metso e ’meli o ne a tsamaea holim ’a ntlo ea ’muso ea borena ea Babylona. 30 Morena a bua ’me a re:+ “Na ena hase Babylona e Khōlō, eo ke e hahileng bakeng sa ntlo ea borena ka matla a bonatla+ ba ka le bakeng sa seriti sa boholo ba ka bo hlomphehang?”+
31 Ha lentsoe le sa ntse le le molomong oa morena, ha e-ba le lentsoe le theohang maholimong le reng: “Ho thoe ho uena, Morena Nebukadnezare, ‘’Muso o tlohile ho uena,+ 32 ’me ba tla u leleka molokong oa batho, u tla lula le libata tsa naha.+ Ba tla u fa limela hore u li je joaloka lipoho, ’me linako tse supileng li tla feta holim ’a hao, ho fihlela u tseba hore Ea Phahameng ka ho Fetisisa ke ’Musi ’musong oa moloko oa batho, le hore o o fa eo a batlang ho mo fa oona.’”+
33 Ka motsotso oo+ lentsoe la phethahala holim ’a Nebukadnezare, ’me o ne a lelekoa ho moloko oa batho, ’me a qala ho ja limela joaloka lipoho, ’mele oa hae oa kolobisoa ke phoka ea maholimo, ho fihlela moriri oa hae o e-ba molelele joaloka masiba a ntsu ’me manala a hae a e-ba malelele joaloka linala tsa nonyana.+
34 “Bofelong ba matsatsi ao+ ’na, Nebukadnezare, ka phahamisetsa mahlo maholimong,+ ’me kutloisiso ea ka ea qala ho khutlela ho ’na; ka boka Ea Phahameng ka ho Fetisisa,+ ka rorisa le ho tlotlisa Ea phelang ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+ hobane bobusi ba hae ke bobusi ho isa nakong e sa lekanyetsoang ’me ’muso oa hae o teng ho isa molokong o mong ka mor’a o mong.+ 35 Baahi bohle ba lefatše ba nkoa e le lefeela,+ ’me o etsa ho ea ka thato ea hae har’a makhotla a maholimo le ho baahi ba lefatše.+ Ha ho ea ka thibang letsoho la hae+ kapa ea ka reng ho eena, ‘U ne u ntse u etsa’ng?’+
36 “Ka nako e tšoanang kutloisiso ea ka ea qala ho khutlela ho ’na, ’me bakeng sa ho hlompheha ha ’muso oa ka, boholo ba ka bo hlomphehang le khanya ea ka tsa qala ho khutlela ho ’na;+ esita le balaoli ba ka ba phahameng ba hlomphehang le matona a ka ba qala ho mpatla ka tabatabelo, ka boela ka tiisoa ’musong oa ka, ’me ka ekeletsoa boholo bo sa tloaelehang.+
37 “Joale ’na, Nebukadnezare, kea rorisa ’me ke phahamisa le ho tlotlisa Morena oa maholimo,+ hobane mesebetsi ea hae kaofela ke ’nete ’me litsela tsa hae ke toka,+ le hobane ba tsamaeang ka boikakaso o khona ho ba kokobetsa.”+
5 Ha e le Morena Belshatsare,+ a etsa mokete o moholo bakeng sa matona a hae a sekete, ’me o ne a noa veine ka pel’a ba sekete.+ 2 Belshatsare, a le tlas’a tšusumetso ea veine,+ a re ho tlisoe lijana tsa khauta le tsa silevera+ tseo ntat’ae Nebukadnezare a neng a li tlositse tempeleng e neng e le Jerusalema, hore morena le matona a hae, lirethe tsa hae le basali ba hae ba banyenyane ba noele ho tsona.+ 3 Ka nako eo ba tlisa lijana tsa khauta tseo ba neng ba li tlositse tempeleng ea ntlo ea Molimo e neng e le Jerusalema, ’me morena le matona a hae, lirethe tsa hae le basali ba hae ba banyenyane ba noela ho tsona. 4 Ba noa veine, ’me ba rorisa melimo ea khauta le ea silevera, koporo, tšepe, lehong le lejoe.+
5 Ka motsotso oo ha hlaha menoana ea letsoho la motho ’me e ne e ngola ka pel’a seluloana sa lebone holim ’a molilo oa lebota la ntlo ea ’muso ea morena,+ ’me morena o ne a bona bokamorao ba letsoho le neng le ngola. 6 Ka nako eo, ha e le morena, lebala la sefahleho sa hae la fetoha, ’me menahano ea hae ea qala ho mo tšosa,+ ’me manonyello a liqholo tsa hae a ne a khoehla+ ’me mangole a hae a ne a otlana.+
7 Morena o ne a hoeletsa ka lentsoe le phahameng hore ho tlisoe linohe, Bakalde le linohe tsa linaleli.+ Morena a bua ’me a re ho banna ba bohlale ba Babylona: “Motho leha e le ofe ea tla bala mongolo ona le ho mpolella tlhaloso ea oona, o tla apesoa bopherese,+ a roesoe sefaha sa khauta molaleng, ’me o tla busa e le oa boraro ’musong.”+
8 Ka nako eo banna bohle ba bohlale ba morena ba ne ba kena, empa ba ne ba sa tšoanelehe ka ho lekaneng ho bala mongolo kapa ho tsebisa morena tlhaloso ea oona.+ 9 Ka lebaka leo Morena Belshatsare o ne a tšohile haholo ’me lebala la sefahleho sa hae le ne le fetoha ka hare ho eena; ’me matona a hae a ne a tsielehile.+
10 Ha e le mofumahali, ka lebaka la mantsoe a morena le matona a hae a kena ka holong ea mokete. Mofumahali a bua ’me a re: “Morena, u ’ne u phele esita le ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.+ U se ke ua lumella menahano ea hao ho u tšosa, kapa ua lumella lebala la sefahleho sa hao ho fetoha. 11 Ho na le monna ea nang le bokhoni ’musong oa hao eo ho eena ho nang le moea oa melimo e halalelang;+ ’me matsatsing a ntat’ao khanya le temohisiso le bohlale bo joaloka bohlale ba melimo li ile tsa fumanoa ho eena, ’me Morena Nebukadnezare ntat’ao o ile a mo emisa e le mookameli+ oa baprista ba sebelisang boselamose, linohe, Bakalde le linohe tsa linaleli, eena ntat’ao, Uena morena; 12 kahobane moea o sa tloaelehang le tsebo le temohisiso ea ho hlalosa litoro+ le tlhaloso ea lilotho le ho tlamolla mafito li fumanoe ho eena,+ ho Daniele, eo morena a mo rehileng Beltsatsare.+ Joale ho ke ho bitsoe Daniele, e le hore a bolele tlhaloso.”
13 Ka lebaka leo Daniele a tlisoa ka pel’a morena. Morena o ne a phatlalatsa ’me a re ho Daniele: “Na ke uena Daniele oa baholehuoa ba Juda,+ eo morena Ntate a mo ntšitseng Juda?+ 14 Hape ke utloile malebana le uena hore moea oa melimo o ho uena,+ ’me khanya le temohisiso le bohlale+ bo sa tloaelehang li fumanoe ho uena. 15 Joale ho tlisitsoe ka pel’a ka banna ba bohlale le linohe, hore ba bale mongolo ona, esita le ho ntsebisa tlhaloso ea oona; empa ha ba tšoanelehe ka ho lekaneng ho bolela tlhaloso ea lentsoe leo.+ 16 Ke utloile malebana le uena, hore u khona ho fana ka litlhaloso+ le ho tlamolla mafito. Joale, haeba u khona ho bala mongolo le ho ntsebisa tlhaloso ea oona, u tla apesoa bopherese, u roesoe sefaha sa khauta molaleng, ’me u tla busa u le oa boraro ’musong.”+
17 Ka nako eo Daniele a bua ’me a re ka pel’a morena: “Limpho tsa hao e ke e be tsa hao, ’me lineo tsa hao u li fe ba bang.+ Leha ho le joalo, ke tla balla morena mongolo, ’me ke tla mo tsebisa tlhaloso.+ 18 Ha e le uena, morena, Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa+ o ile a fa ntat’ao+ Nebukadnezare ’muso le boholo le seriti le boholo bo hlomphehang.+ 19 Ka lebaka la boholo boo A ileng a mo fa bona, batho bohle, lichaba le lipuo ba ile ba thothomela le ho bontša tšabo ka pel’a hae.+ O ne a bolaea eo a batlang ho mo bolaea; ’me o ne a otla eo a batlang ho mo otla; ’me o ne a phahamisa eo a batlang ho mo phahamisa; le ho kokobetsa eo a batlang ho mo kokobetsa.+ 20 Empa ha pelo ea hae e ikhohomosa ’me moea oa hae o thatafala, e le hore a ka iketelletsa pele,+ a theoloa teroneng ea ’muso oa hae, ’me a amohuoa ho hlompheha ha hae.+ 21 A lelekoa ho bara ba moloko oa batho, ’me pelo ea hae ea etsoa hore e tšoane le ea sebata, ’me a lula le liesele tse hlaha.+ Ba ne ba mo fa limela hore a li je joaloka lipoho, ’mele oa hae o ile oa kolobisoa ke phoka ea maholimo,+ ho fihlela a tseba hore Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa ke ’Musi ’musong oa moloko oa batho, le hore o emisa eo a mo batlang holim ’a oona.+
22 “Ha e le uena, mora oa hae Belshatsare,+ ha ua kokobetsa pelo ea hao,+ le hoja u tsebile sena sohle.+ 23 Empa u ile ua iphahamisetsa Morena oa maholimo,+ ’me ba ile ba tlisa ka pel’a hao esita le lijana tsa ntlo ea hae;+ uena le matona a hao, lirethe tsa hao le basali ba hao ba banyenyane le ’nile la noela veine ho tsona, ’me le rorisitse melimo ea silevera le ea khauta, koporo, tšepe, lehong le lejoe,+ e sa boneng letho kapa e sa utloeng letho kapa e sa tsebeng letho;+ empa ha ua tlotlisa+ Molimo eo phefumoloho ea hao e leng letsohong la hae+ le eo litsela tsohle tsa hao e leng tsa hae.+ 24 Ka lebaka leo ho tloha ka pel’a hae ho ne ho romeloa bokamorao ba letsoho, ’me ho ne ho ngotsoe oona mongolo ona.+ 25 Ona ke mongolo o neng o ngotsoe: MENE, MENE, TEKEL le PARSIN.
26 “Tlhaloso ea lentsoe ke ena: MENE, Molimo o balile matsatsi a ’muso oa hao ’me o o qetile.+
27 “TEKEL, u lekantsoe sekaleng ’me u fumanoe u haelloa.+
28 “PERES, ’muso oa hao o arotsoe ’me o filoe Bamede le Bapersia.”+
29 Ka nako eo Belshatsare a laela, ’me ba apesa Daniele bopherese, ba mo roesa sefaha sa khauta molaleng; ba tsebahatsa malebana le eena hore o ne a tla fetoha ’musi oa boraro ’musong.+
30 Bosiung bona boo Belshatsare morena oa Bakalde a bolaoa+ 31 ’me Dariuse+ Momede a amohela ’muso, a le lilemo tse ka bang mashome a tšeletseng a metso e ’meli.
6 Ho ile ha bonahala ho le molemo ho Dariuse, ’me a beha babusisi ba liprofinse ba lekholo le mashome a mabeli hore ba okamele ’muso, ba neng ba tla okamela ’muso oohle;+ 2 ’me a beha balaoli ba bararo ba phahameng hore ba ba okamele, bao Daniele e neng e le e mong oa bona,+ e le hore babusisi bana ba liprofinse+ ba ka tsoela pele ho ba fa tlaleho le hore morena a se ke a lahleheloa.+ 3 Joale Daniele enoa o ne a ikhetholla ka ho tsitsitseng+ ho balaoli ba phahameng le babusisi ba liprofinse, kahobane moea o sa tloaelehang o ne o le ho eena;+ ’me morena o ne a rera ho mo phahamisa hore a okamele ’muso oohle.
4 Ka nako eo balaoli ba phahameng le babusisi ba liprofinse kamehla ba ne ba batla ho fumana boikaketsi khahlanong le Daniele mabapi le ’muso;+ empa ho hang ho ne ho se boikaketsi kapa ntho e fosahetseng eo ba neng ba khona ho e fumana, kahobane e ne e le ea ka tšeptjoang ’me ho hang ha hoa ka ha fumanoa ho se tsotelle kapa ntho e fosahetseng ho eena.+ 5 Ka lebaka leo banna bana ba shahlileng ba ne ba re: “Ho hang re ke ke ra fumana boikaketsi ho Daniele, haese hore re bo fumane khahlanong le eena molaong oa Molimo oa hae.”+
6 Ka lebaka leo balaoli bana ba phahameng le babusisi ba liprofinse ba kena e le letšoele ho morena,+ ’me sena ke seo ba neng ba mo bolella sona: “Morena Dariuse, u ’ne u phele esita le ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.+ 7 Balaoli bohle ba phahameng ba ’muso, balaoli le babusisi ba liprofinse, balaoli ba phahameng ba hlomphehang le babusisi, ba rerisane hore ba tiise taelo ea borena e hlomamisitsoeng+ le ho phethahatsa molao oa thibelo, hore mang kapa mang ea etsang kōpo e matla ho molimo leha e le ofe kapa motho ka matsatsi a mashome a mararo haese ho uena, morena, o lokela ho lahleloa ka sekoting sa litau.+ 8 Joale, morena, e se eka u ka tiisa taelo e hlomamisitsoeng le ho saena se ngotsoeng,+ e le hore se se ke sa fetoloa, ho ea ka molao oa Bamede le Bapersia,+ o sa hlakoloeng.”+
9 Tumellanong le sena, Morena Dariuse a saena se ngotsoeng le molao oa thibelo.+
10 Empa Daniele, hang ha a tsebile hore se ngotsoeng se ne se saennoe, a kena ka tlung ea hae, ’me, lifensetere tsa kamore ea hae e marulelong li ne li bulehetse nģ’a Jerusalema+ bakeng sa hae, esita le ka makhetlo a mararo ka letsatsi+ o ne a khumama ka mangole ’me a rapela+ le ho fana ka thoriso ka pel’a Molimo oa hae,+ joalokaha a ne a ntse a etsa kamehla pele ho sena.+ 11 Ka nako eo banna bana ba shahlileng ba phutheha ’me ba fumana Daniele a etsa kōpo e matla ’me a kōpa mohau ka pel’a Molimo oa hae.+
12 Joale ba atamela ’me ba ne ba re ka pel’a morena malebana le molao oa thibelo oa morena: “Na ha ho na molao oa thibelo oo u o saenneng hore motho leha e le ofe ea etsang kōpo e matla ho molimo leha e le ofe kapa motho ka matsatsi a mashome a mararo haese ho uena, morena, o lokela ho lahleloa ka sekoting sa litau?”+ Morena a araba a re: “Taba e hlomamisitsoe hantle ho ea ka molao oa Bamede le Bapersia, o sa hlakoloeng.”+ 13 Kapele-pele ba araba, ’me ba ne ba re ka pel’a morena: “Daniele,+ oa baholehuoa ba Juda,+ ha aa ka a re letho ka uena, morena, kapa ka molao oa thibelo oo u o saenneng, empa o etsa kōpo ea hae e matla ka makhetlo a mararo ka letsatsi.”+ 14 Ka lebaka leo, hang ha morena a utloile lentsoe leo, le ne le sa mo khahlise,+ ’me a nahana ka hore a pholose Daniele;+ ho fihlela letsatsi le likela o ne a ntse a leka ho mo lopolla. 15 Qetellong banna bana ba shahlileng ba kena e le letšoele ho morena, ’me ba ne ba re ho morena: “Ela hloko, morena, hore molao oa Bamede le Bapersia ke hore molao leha e le ofe oa thibelo+ kapa taelo e hlomamisitsoeng eo morena a e tiisitseng ha ea lokela ho fetoloa.”+
16 Ka lebaka leo morena a laela, ’me ba tlisa Daniele ’me ba mo lahlela ka sekoting sa litau.+ Morena a bua ’me a re ho Daniele: “Molimo oa hao eo u mo sebeletsang ka tiisetso, o tla u pholosa.”+ 17 Ha tlisoa lejoe ’me la behoa molomong oa sekoti, ’me morena a le tiisa ka lesale la hae la tiiso le ka lesale la tiiso la matona a hae, e le hore ho se ke ha e-ba le letho le fetoloang tabeng ea Daniele.+
18 Ka nako eo morena a ea ntlong ea hae ea ’muso a qeta bosiu a itima lijo,+ ’me ha ho liletsa tsa ’mino tse ileng tsa tlisoa ka pel’a hae, ’me a felloa ke boroko.+ 19 Qetellong, ha mafube a hlaha, morena a tsoha ka meso, ’me ka potlako a ea sekoting sa litau. 20 Ha a atamela sekoting, a hoeletsa Daniele ka lentsoe le hlomohileng. Morena o ne a phatlalatsa ’me a re ho Daniele: “Uena Daniele, mohlanka oa Molimo ea phelang, na Molimo oa hao eo u mo sebeletsang ka tiisetso+ o khonne ho u pholosa litaung?”+ 21 Kapele-pele Daniele a bua le morena: “Morena, u ’ne u phele esita le ho isa linakong tse sa lekanyetsoang. 22 Molimo+ oa ka o rometse lengeloi+ la hae ’me la koala melomo ea litau,+ ’me ha lia mphelisa, kahobane ke fumanoe ke hloka molato ka pel’a hae;+ le ka pel’a hao, morena, ha ho ketso e kotsi eo ke e entseng.”+
23 Joale morena a nyakalla haholo,+ ’me a laela hore Daniele a nyolloe ka sekoting. Daniele a nyolloa ka sekoting, ’me ho hang ho ne ho se kotsi e fumanoeng ho eena, hobane o ne a tšepile Molimo oa hae.+
24 Morena a laela, ’me ba tlisa banna bana ba shahlileng ba neng ba qositse Daniele,+ ’me ba lahlela bona, le bara ba bona le basali+ ba bona ka sekoting sa litau;+ ba ne ba e-s’o fihle fatše ka sekoting ha litau li ba hlōla, ’me li robokela masapo ’ohle a bona.+
25 Joale Morena Dariuse a ngolla batho bohle, lichaba le lipuo ba lulang lefatšeng lohle:+ “E se eka khotso ea lōna e ka hōla haholo!+ 26 Ke fana ka taelo+ ea hore, sebakeng se seng le se seng sa ’muso oa ka, batho ba lokela ho thothomela le ho tšoha ka pel’a Molimo oa Daniele.+ Etsoe ke Molimo ea phelang le Ea mamellang ho isa linakong tse sa lekanyetsoang,+ ’me ’muso+ oa hae ke o ke keng oa senngoa,+ ’me puso ea hae ke ea ka ho sa feleng.+ 27 Oa pholosa le ho lopolla+ le ho etsa lipontšo le limakatso maholimong+ le lefatšeng,+ etsoe o pholositse Daniele marōng a litau.”
28 Ha e le Daniele, a atleha ’musong oa Dariuse+ le ’musong oa Cyruse Mopersia.+
7 Selemong sa pele sa Belshatsare+ morena oa Babylona, Daniele a bona toro le lipono tsa hlooho ea hae a le betheng ea hae.+ Ka nako eo a ngola toro eo fatše.+ A bolela tlaleho e feletseng ea litaba. 2 Daniele o ne a phatlalatsa ’me a re:
“Ke ile ka bona liponong tsa ka bosiu, ’me, bonang! meea e mene+ ea maholimo e ne e fuluha leoatle le leholo.+ 3 Libata tse ’nè tsa litonanahali+ li ne li nyoloha leoatleng,+ se seng le se seng se fapane+ le tse ling.
4 “Sa pele se ne se tšoana le tau,+ ’me se ne se e-na le mapheo a ntsu.+ Ka ’na ka talima ho fihlela mapheo a sona a hlothiloe, ’me sa phahamisoa lefatšeng+ eaba se emisoa ka maoto a mabeli feela joaloka motho, ’me sa fuoa pelo ea motho.+
5 “Bonang! sebata se seng, sa bobeli, se tšoanang le bere.+ Se ne se phahame ka lehlakoreng le leng,+ ’me ho ne ho e-na le likhopo tse tharo molomong oa sona pakeng tsa meno a sona; ’me sena ke seo ba neng ba se bolella sona, ‘Tsoha, u je nama e ngata.’+
6 “Ka mor’a sena ka ’na ka talima, ’me, bonang! sebata se seng, se tšoanang le lengau,+ empa se ne se e-na le mapheo a mane a sebōpuoa se fofang mokokotlong oa sona. Sebata seo se ne se e-na le lihlooho tse ’nè,+ ’me sa fuoa bobusi.
7 “Ka mor’a sena ka ’na ka talima liponong tsa bosiu, ’me, bonang! sebata sa bone, se tšosang le se tšabehang le se matla ka ho sa tloaelehang.+ Se ne se e-na le meno a tšepe, a maholo. Se ne se harola le ho robokela, ’me ho setseng se ne se ho hatakela ka maoto. Se ne se fapane le libata tse ling tsohle tse bileng teng pele ho sona, ’me se ne se e-na le linaka tse leshome.+ 8 Ka ’na ka talima linaka, ’me, bonang! lenaka le leng, le lenyenyane,+ la hlaha har’a tsona, ’me ho ne ho e-na le linaka tse tharo ho tsa pele tse ileng tsa ntšoa ka pel’a lona. Bonang! Ho ne ho e-na le mahlo a kang mahlo a motho lenakeng lena, ’me ho ne ho e-na le molomo o buang lintho tse khōlō.+
9 “Ka ’na ka talima ho fihlela literone li behoa+ ’me Moholo-holo oa Matsatsi+ a lula fatše. Liaparo tsa hae li ne li le tšoeu joaloka lehloa,+ ’me moriri oa hlooho ea hae o ne o le joaloka boea bo hloekileng.+ Terone ea hae e ne e le malakabe a mollo;+ mabili a eona e ne e le mollo o tukang.+ 10 Ho ne ho e-na le molapo oa mollo o phallang ’me o tsoa ka pel’a hae.+ Ho ne ho e-na le ba likete tse sekete ba ntseng ba mo sebeletsa,+ le ba likete tse leshome tse iphetileng ka makhetlo a likete tse leshome ba ntseng ba eme ka pel’a hae.+ Lekhotla+ la lula, ’me ha e-ba le libuka tse ileng tsa phetloa.
11 “Ka ’na ka talima ka nako eo ka lebaka la molumo oa mantsoe a maholo ao lenaka le neng le a bua;+ ka ’na ka talima ho fihlela sebata seo se bolailoe ’me setopo sa sona se sentsoe ebile se chesitsoe mollong o tukang.+ 12 Empa ha e le libata tse ling kaofela,+ bobusi ba tsona bo ile ba nkoa, ’me bophelo boo li bo filoeng ba lelefatsoa ka nako le ka nako e itseng.+
13 “Ka ’na ka talima liponong tsa bosiu, ’me, bonang! e mong ea joaloka mor’a motho+ o ne a tla ka maru+ a maholimo; a kena ho Moholo-holo oa Matsatsi,+ ’me a atametsoa ka pel’a Hae.+ 14 A fuoa bobusi+ le ho hlompheha+ le ’muso,+ hore batho, lichaba le lipuo kaofela ba mo sebeletse.+ Bobusi ba hae ke bobusi bo hlolang ka nako e sa lekanyetsoang bo ke keng ba feta, ’me ’muso oa hae ke o ke keng oa senngoa.+
15 “Ha e le ’na, Daniele, moea oa ka o ne o le mahlomoleng ka hare ka lebaka la sona, ’me lipono tsa hlooho ea ka tsa qala ho ntšosa.+ 16 Ka nyolohela haufi le e mong oa ba neng ba eme, e le hore nka kōpa ho eena boitsebiso bo tšepahalang ka sena sohle.+ A re ho ’na, ha a ntse a tsoela pele ho ntsebisa tlhaloso ea litaba,
17 “‘Ha e le libata tsena tsa litonanahali, kahobane li le ’nè,+ ho na le marena a mane a tla ema a tsoa lefatšeng.+ 18 Empa bahalaleli+ ba Ea Holimo-limo+ ba tla amohela ’muso, ’me ba tla rua ’muso+ ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ho isa nakong e sa lekanyetsoang holim ’a linako tse sa lekanyetsoang.’
19 “Joale ka lakatsa ho fumana hantle malebana le sebata sa bone, se neng se fapane le tse ling kaofela, se tšosang ka ho sa tloaelehang, seo meno a sona e neng e le a tšepe le seo linala tsa sona e neng e le tsa koporo, se neng se harola le ho robokela, le se neng se hatakela ka maoto a sona esita le ho neng ho setse;+ 20 le malebana le linaka tse leshome tse neng li le hloohong ea sona,+ le lenaka le leng+ le hlahileng le leo ka pel’a lona ho oeleng tse tharo,+ esita le lenaka leo le neng le e-na le mahlo le molomo o buang lintho tse khōlō+ le leo ponahalo ea lona e neng e le khōlō ho feta ea tsa habo lona.
21 “Ka ’na ka talima ha lenaka leo le loantša bahalaleli, ’me le ne le ba hlōla,+ 22 ho fihlela Moholo-holo oa Matsatsi+ a tla ’me kahlolo e fanoa molemong oa bahalaleli ba Ea Holimo-limo,+ ’me nako e reriloeng e fihla hoo bahalaleli ba ileng ba rua ’muso.+
23 “Sena ke seo a ileng a se bua, ‘Ha e le sebata sa bone, ho na le ’muso oa bone o tla tla lefatšeng, o tlang ho fapana le mebuso e meng kaofela; o tla harola lefatše lohle ’me o tla le hatakela le ho le silakanya.+ 24 Ha e le linaka tse leshome, ’musong oo ho tla hlaha marena a leshome;+ e mong o sa ntse a tla hlaha ka mor’a ’ona, ’me o tla fapana le a pele,+ ’me o tla kokobetsa marena a mararo.+ 25 O tla bua esita le mantsoe khahlanong le Ea Phahameng ka ho Fetisisa,+ ’me o tla tsoela pele ho tšoenya bahalaleli ba Ea Holimo-limo.+ O tla rera ho fetola linako+ le molao,+ ’me ho tla nehelanoa ka bona letsohong la hae ka nako, le linako le halofo ea nako.+ 26 Lekhotla la lula,+ ’me qetellong ba nka bobusi ba hae, e le hore ba mo felise le ho mo timetsa ka ho feletseng.+
27 “‘’Muso le bobusi le boholo ba mebuso e tlas’a maholimo ’ohle ea fuoa batho bao e leng bahalaleli ba Ea Holimo-limo.+ ’Muso oa bona ke ’muso o hlolang ka nako e sa lekanyetsoang,+ ’me mebuso eohle e tla ba sebeletsa le ho ba mamela.’+
28 “Taba ena e fella mona. Ha e le ’na, Daniele, menahano ea ka ea ’na ea ntšosa haholo, hoo lebala la sefahleho sa ka le ileng la fetoha; empa ka boloka taba eo ka pelong ea ka.”+
8 Ka selemo sa boraro sa ho busa ha Morena Belshatsare,+ ha e-ba le pono e ileng ea hlaha ho ’na, Daniele, ka mor’a e hlahileng ho ’na qalong.+ 2 Ka qala ho bona ponong; eitse ha ke ntse ke talimile, ka ba Shushane+ qhobosheaneng, profinseng ea Elame;+ ka bona ponong, ’me ke ne ke le molatsoaneng oa Ulai.+ 3 Ha ke phahamisa mahlo, joale ka talima, ’me, bonang! pheleu+ e emeng ka pel’a molatsoana, ’me e ne e e-na le linaka tse peli. Linaka tse peli li ne li le telele, empa le leng le ne le le lelelele ho feta le leng, ’me le lelelele ho feta le leng ke lona le ileng la hlaha hamorao.+ 4 Ka bona pheleu e khorohela ka bophirimela le ka leboea le ka boroa, ’me ha ho libata tse ileng tsa tsoela pele ho ema ka pel’a eona, ’me ho ne ho se ea lopollang letho letsohong la eona.+ E ile ea etsa ho ea ka thato ea eona, ’me ea ikhohomosa.
5 Ka ’na ka talima, ’me, bonang! ho ne ho e-na le phooko+ e tsoang bophirima-tsatsi holim ’a lefatše lohle, ’me e ne e sa thetse fatše. Ha e le phooko, e ne e e-na le lenaka le hlaheletseng pakeng tsa mahlo a eona.+ 6 Ea ’na ea tla ho ea fihla ho pheleu e nang le linaka tse peli, eo ke neng ke e bone e eme ka pel’a molatsoana; ea tla ho eona e matha ka khalefo e matla.
7 Ka e bona e atamela pheleu, ’me ea qala ho bontša lehloeo ho eona, ea thula pheleu ’me ea roba linaka tsa eona tse peli, ’me pheleu ha ea ka ea e-ba le matla a ho ema ka pel’a eona. Kahoo ea e lahlela fatše ’me ea e hatakela, ’me ha hoa ka ha e-ba le ea lopollang pheleu letsohong la eona.+
8 Phooko ea ikhohomosa ka ho fetisisa;+ empa hang ha e e-ba matla, lenaka le leholo la robeha, ’me ha hlaha tse ’nè ka ho hlaheletseng sebakeng sa lona, ka nģ’a meea e mene ea maholimo.+
9 Ho le leng la tsona ha hlaha lenaka le leng, le lenyenyane,+ ’me la ’na la e-ba leholo haholo ka nģ’a boroa le ka nģ’a bochaba-tsatsi le ka nģ’a Mokhabiso.+ 10 La ’na la e-ba leholo ho ea fihla lekhotleng la maholimo,+ hoo le ileng la etsa hore lekhotla le leng le linaleli+ tse ling li oele lefatšeng, ’me la li hatakela.+ 11 La ikhohomosa ho ea fihla ho Khosi+ ea lekhotla, ’me tšobotsi ea kamehla+ e ile ea tlosoa ho eona, ’me sebaka se tiisitsoeng sa sehalalelo sa eona sa heletsoa.+ 12 Butle-butle ha nehelanoa ka lekhotla,+ hammoho le tšobotsi ea kamehla,+ ka lebaka la tlōlo;+ la ’na la lahlela ’nete+ lefatšeng,+ ’me la nka bohato eaba lea atleha.+
13 Ka utloa mohalaleli+ e mong a bua, ’me mohalaleli e mong a re ho ea neng a bua: “Pono ea tšobotsi ea kamehla+ le ea tlōlo e etsang lesupi+ e tla ba teng halelele hakae, ho etsa hore sebaka se halalelang le lekhotla e be lintho tsa ho hatakeloa?”+ 14 Kahoo a re ho ’na: “Ho fihlela ka lishoalane le linako tsa hoseng tse likete tse peli le makholo a mararo; ka sebele sebaka se halalelang se tla tlisoa boemong ba sona bo nepahetseng.”+
15 Joale, ha ’na Daniele, ke ntse ke bona pono le ho batla kutloisiso,+ bonang! ho ne ho e-na le e mong ea emeng ka pel’a ka ea tšoanang le monna ea shahlileng ka ponahalo.+ 16 Ka qala ho utloa lentsoe la motho oa lefatše bohareng ba Ulai,+ ’me a hoeletsa a re: “Gabriele,+ etsa hore eo a utloisise ntho e bonoang.”+ 17 Kahoo a tla ka thōko ho moo ke neng ke eme teng, empa ha a tla ka tšoha hoo ke ileng ka oa ka sefahleho. A re ho ’na: “Utloisisa,+ Uena mor’a motho,+ hore pono ke ea nako ea bofelo.”+ 18 Ha a ntse a bua le ’na, ke ne ke khalehile sefahleho sa ka se le fatše.+ Kahoo a nkama ’me a nkemisa moo ke neng ke eme teng.+ 19 A tsoela pele ho re: “Bona! ke u tsebisa se tla etsahala karolong e qetellang ea nyatso, hobane ke ea nako e behiloeng ea bofelo.+
20 “Pheleu eo u e boneng e e-na le linaka tse peli e emela marena a Media le Persia.+ 21 Phooko e boea bo bongata e emela morena oa Greece;+ ha e le lenaka le leholo le neng le le pakeng tsa mahlo a eona, le emela morena oa pele.+ 22 Ha leo le robehile, hoo qetellong ho hlahileng a mane sebakeng sa lona,+ ho na le mebuso e mene e tla ema sechabeng sa habo, empa eseng ka matla a hae.
23 “Karolong e qetellang ea ’muso oa bona, ha batlōli ba nka khato ho isa qetellong, ho tla ema morena ea sefahleho se bohale bo tšosang le ea utloisisang lipolelo tse sa hlakang.+ 24 Matla a hae a tla ba maholo, empa eseng ka matla a hae.+ O tla baka tšenyo+ ka tsela e hlollang, ’me ka sebele o tla atleha ’me a etse ka mokhoa o atlehileng. O tla felisa ba matla, le sechaba se entsoeng ka bahalaleli.+ 25 Ho ea ka temohisiso ea hae ka sebele o tla boela a etse hore thetso e atlehe letsohong la hae.+ O tla ikhohomosa+ pelong, ’me nakong ea ho se be matšoenyehong+ o tla felisa ba bangata. O tla ema khahlanong le Khosi ea likhosana,+ empa a ke ke a rojoa ka letsoho.+
26 “Ntho e bonoeng malebana le shoalane le hoseng, e boletsoeng, ke ’nete.+ Boloka pono eo e le sephiri, hobane e sa ntse e tla ba ea matsatsi a mangata.”+
27 Ha e le ’na, Daniele, ka ikutloa ke khathetse ’me ka kula ka matsatsi a itseng.+ Joale ka tsoha ’me ka etsa mosebetsi oa morena;+ empa ka ’na ka iponahatsa ke feletsoe ke matla ka lebaka la ntho e bonoeng, ’me ho ne ho se ea e utloisisang.+
9 Ka selemo sa pele sa Dariuse+ mora oa Assueruse oa peō ea Bamede,+ ea neng a entsoe morena oa ’muso oa Bakalde;+ 2 ka selemo sa pele sa ho busa ha hae ’na, Daniele, ke ile ka lemoha ka libuka palo ea lilemo tseo malebana le tsona lentsoe la Jehova le ileng la hlaha ho moprofeta Jeremia,+ bakeng sa ho phethahatsa thipitlo ea Jerusalema,+ e leng, lilemo tse mashome a supileng.+ 3 Ka lebisa sefahleho sa ka+ ho Jehova Molimo oa ’nete, e le hore ke mo batle ka thapelo+ le ka likōpo tse tiileng, ka ho itima lijo le ka ho apara lesela la mokotla le ka ho lula moloreng.+ 4 Ka qala ho rapela Jehova Molimo oa ka ’me ka ipolela ka re:+
“Oho! Jehova Molimo oa ’nete, E moholo+ le Ea tšabehang, ea bolokang selekane+ le mosa o lerato+ ho ba mo ratang le ba bolokang litaelo tsa hae,+ 5 re entse sebe+ ’me re fositse le ho etsa bokhopo ’me re entse bofetoheli;+ re khelohile litaelo tsa hao le liqeto tsa hao tsa boahloli.+ 6 Ha rea mamela bahlanka ba hao baprofeta,+ ba buileng ka lebitso la hao ho marena a rōna, likhosana tsa rōna le baholo-holo ba rōna le ho batho bohle ba naha.+ 7 Jehova, ho loka ke ha hao, empa ba hlajoang ke lihlong ke rōna joaloka letsatsing lena,+ batho ba Juda le baahi ba Jerusalema le bohle ba Iseraele, ba leng haufi le ba leng hōle linaheng tsohle tseo u ba qhalakanyelitseng ho tsona ka lebaka la ho se tšepahale ha bona ho uena.+
8 “Jehova, ba hlajoang ke lihlong ke rōna, marena a rōna, likhosana tsa rōna le baholo-holo ba rōna, kahobane re u sitetsoe.+ 9 Mehauhelo+ le liketso tsa tšoarelo+ ke tsa Jehova Molimo oa rōna, kaha re mo fetohetse.+ 10 Ha rea mamela lentsoe la Jehova Molimo oa rōna ka ho tsamaea melaong ea hae eo a e behileng ka pel’a rōna ka matsoho a bahlanka ba hae baprofeta.+ 11 Bohle ba Iseraele ba tlōtse molao oa hao, ’me ho bile le ho kheloha ka ho se mamele lentsoe la hao,+ hoo u re tšolletseng bomalimabe le kano e hlapanyelitsoeng+ e ngotsoeng molaong oa Moshe mohlanka oa Molimo oa ’nete, kaha re Mo sitetsoe. 12 A phetha mantsoe a hae ao a neng a a buile khahlanong le rōna+ le khahlanong le baahloli ba rōna ba ileng ba re ahlola,+ ka ho re tlisetsa tlokotsi e khōlō, eo e kang eona e e-s’o ka e etsoa tlas’a maholimo ’ohle joaloka e entsoeng Jerusalema.+ 13 Feela joalokaha ho ngoliloe molaong oa Moshe,+ tlokotsi ena eohle—e re oetse holimo,+ ’me ha rea nolofatsa sefahleho sa Jehova Molimo oa rōna ka ho furalla liphoso+ tsa rōna le ka ho bontša temohisiso ’neteng ea hao.+
14 “Jehova a lula a falimehetse tlokotsi ’me qetellong a re tlisetsa eona,+ etsoe Jehova Molimo oa rōna o lokile mesebetsing eohle ea hae eo a e entseng; ha rea mamela lentsoe la hae.+
15 “Joale, Jehova Molimo oa rōna, uena ea ntšitseng sechaba sa hao naheng ea Egepeta ka letsoho le matla+ ’me ua iketsetsa lebitso joaloka letsatsing lena,+ re entse sebe,+ re entse bokhopo. 16 Jehova, ho ea ka liketso tsohle tsa hao tsa ho loka,+ ka kōpo, e se eka bohale ba hao le khalefo ea hao li ka tloha motseng oa hao Jerusalema, thaba ea hao e halalelang;+ etsoe, ka lebaka la libe tsa rōna le ka lebaka la liphoso tsa baholo-holo ba rōna,+ Jerusalema le sechaba sa hao ke ntho e nyelisehang ho bohle ba re potolohileng.+ 17 Joale, Molimo oa rōna, mamela thapelo ea mohlanka oa hao le likōpo tsa hae tse tiileng, ’me u etse hore sefahleho sa hao se khanyetse+ sehalalelo sa hao se entsoeng lesupi,+ ka lebaka la Jehova. 18 Sekeha tsebe, Molimo oa ka, ’me u utloe.+ U tutubolle mahlo ’me u bone maemo a tšenyeho ao re leng ho ’ona le motse o ’nileng oa bitsoa ka lebitso la hao;+ etsoe hase ho ea ka liketso tsa rōna tsa ho loka re lumellang likōpo tsa rōna tse tiileng hore li oele ka pel’a hao,+ empa ke ho ea ka mehauhelo ea hao e mengata.+ 19 Jehova, u utloe.+ Jehova, u tšoarele.+ Jehova, u ele hloko ’me u nke bohato.+ U se ke ua lieha,+ ka lebaka la hao, Molimo oa ka, etsoe motse oa hao le sechaba sa hao li ’nile tsa bitsoa ka lebitso la hao.”+
20 Ha ke sa ntse ke bua le ho rapela le ho bolela sebe sa ka+ le sebe sa sechaba sa heso sa Iseraele+ le ho lumella hore kōpo ea ka ea mohau e oele ka pel’a Jehova Molimo oa ka malebana le thaba e halalelang+ ea Molimo oa ka, 21 le ha ke sa ntse ke bua thapelong, monna Gabriele,+ eo ke neng ke mo bone ponong qalong,+ a tepelelitsoe ke mokhathala, a fihla haufi le ’na ka nako ea nyehelo ea mpho ea shoalane.+ 22 A fana ka kutloisiso ’me a bua le ’na a re:
“Uena Daniele, joale ke tlil’o etsa hore u be le temohisiso e nang le kutloisiso.+ 23 Qalong ea likōpo tsa hao tse tiileng ho ile ha tsoa lentsoe, ’me ke tlile ho tla tlaleha, hobane u ea khahlehang haholo.+ Kahoo nahana+ taba ena, ’me u be le kutloisiso nthong e bonoeng.
24 “Ho na le libeke tse mashome a supileng tse etselitsoeng qeto holim ’a sechaba sa heno+ le holim ’a motse oa heno o halalelang,+ e le hore ho felisoe tlōlo,+ le ho felisa sebe,+ le ho koahela phoso,+ le ho tlisa ho loka ho isa linakong tse sa lekanyetsoang,+ le ho beha tiiso+ ponong le ho moprofeta, le ho tlotsa Sehalalelo sa Lihalalelo.+ 25 U lokela ho tseba ’me u be le temohisiso hore ho tloha ha ho tsoa lentsoe+ la hore Jerusalema+ e tsosolosoe ’me e hahuoe hape ho fihlela ho Mesia+ Moeta-pele,+ ho tla ba le libeke tse supileng, le libeke tse mashome a tšeletseng a metso e ’meli.+ E tla khutla ’me e tla hahuoa hape, e e-na le lepatlelo le foro e thibellang, empa e le linakong tsa mahlomola.
26 “Ka mor’a libeke tse mashome a tšeletseng a metso e ’meli Mesia o tla tlosoa,+ ho se letho bakeng sa hae.+
“Sechaba sa moeta-pele ea tlang se tla senya+ motse le sebaka se halalelang.+ Se tla felisoa ka moroallo. Ho fihlela bofelong ho tla ba le ntoa; se etselitsoeng qeto ke ho etsa masupi.+
27 “O tla boloka selekane+ se ntse se sebetsa bakeng sa ba bangata ka beke e le ’ngoe;+ halofong ea beke o tla felisa sehlabelo le nyehelo ea mpho.+
“Lepheong la lintho tse nyonyehang ho tla ba le se bakang lesupi;+ ’me ho fihlela phelisong, ntho e etselitsoeng qeto e tla tšolleloa le holim ’a seo e leng lesupi.”+
10 Ka selemo sa boraro sa Cyruse+ morena oa Persia ho ile ha e-ba le taba e ileng ea senoleloa Daniele, eo lebitso la hae e neng e le Beltsatsare;+ taba eo e ne e le ’nete, ’me ho ne ho e-na le tšebeletso e khōlō ea sesole.+ O ile a utloisisa taba, eaba o utloisisa ntho e bonoeng.+
2 Matsatsing ao ’na, Daniele, ke ne ke siame+ ka libeke tse tharo tse tletseng. 3 Ha kea ka ka ja bohobe bo monate, ’me ha ho nama kapa veine e ileng ea kena ka hanong la ka, ’me ho hang ha kea ka ka itlotsa ho fihlela libeke tse tharo tse tletseng li phetheha.+ 4 Ka letsatsi la mashome a mabeli a metso e mene la khoeli ea pele, ha ke ntse ke le lebōpong la nōka e khōlō, ke hore, Hidekele,+ 5 ka boela ka phahamisa mahlo ka talima, ’me ho ne ho e-na le monna ea itseng ea apereng line,+ a itlamile letheka+ ka khauta ea Ufaze.+ 6 ’Mele oa hae o ne o le joaloka krysolite,+ ’me sefahleho sa hae se le joaloka ponahalo ea lehalima,+ ’me mahlo a hae a le joaloka lirumula tsa mollo,+ ’me matsoho a hae le sebaka sa maoto a hae li ne li le joaloka ponahalo ea koporo e bentšitsoeng,+ ’me molumo oa mantsoe a hae o ne o le joaloka molumo oa bongata. 7 ’Na Daniele ke le mong, ka bona ponahalo; empa ha e le banna ba neng ba e-na le ’na, ha baa ka ba bona ponahalo eo.+ Leha ho le joalo, ba ile ba oeloa ke ho thothomela ho hoholo, hoo ba ileng ba baleha ho ea ipata.
8 ’Na—ke ile ka siuoa ke le mong, hoo ke ileng ka bona ponahalo ena e khōlō. Ho ne ho se matla a setseng ho ’na, ’me ho hlompheha ha ka ha fetoha tšenyeho ho ’na, ’me ha kea ka ka ba le matla.+ 9 Ka qala ho utloa molumo oa mantsoe a hae; ha ke ntse ke utloa molumo oa mantsoe a hae, le ’na ke ne ke khalehile+ ke oele ka sefahleho, sefahleho sa ka se shebile fatše.+ 10 Bonang! Ha e-ba le letsoho le ileng la nkama,+ ’me butle-butle la ntsosa hore ke khumame ka mangole le liatla tsa matsoho. 11 A re ho ’na:
“Uena Daniele, monna ea khahlehang haholo,+ utloisisa mantsoe ao ke u bolellang ’ona,+ ’me u eme moo u neng u eme teng, etsoe joale ke rometsoe ho uena.”
Ha a buile le ’na lentsoe lena, ka ema, ke thothomela.
12 A tsoela pele ho re ho ’na: “U se ke ua tšoha,+ Uena Daniele, etsoe ho tloha letsatsing la pele leo u fileng pelo ea hao kutloisiso+ ka lona le ho ikokobetsa ka pel’a Molimo oa hao+ mantsoe a hao a utloiloe, ’me ke tlile ka lebaka la mantsoe a hao.+ 13 Empa khosana+ ea sebaka se pusong ea borena sa Persia+ e ne e eme ho nkhanyetsa+ ka matsatsi a mashome a mabeli a motso o mong, ’me, bonang! Mikaele,+ e mong oa likhosana tse ka pele-pele,+ a tla ho tla nthusa; ka sala moo ka thōko ho marena a Persia.+ 14 Ke tlil’o etsa hore u lemohe se tla hlahela sechaba sa heno+ karolong e qetellang ea matsatsi,+ hobane ke pono+ ea matsatsi a sa ntseng a tla tla.”+
15 Joale ha a buile le ’na mantsoe a kang ana, ke ne ke shebisitse sefahleho fatše+ ’me ke sa khone ho bua. 16 Bonang! E mong ea tšoanang le bara ba moloko oa batho o ne a nkama molomo,+ ’me ka qala ho bula molomo le ho bua+ eaba ke re ho ea neng a eme ka pel’a ka: “Moren ’a ka,+ ka lebaka la ponahalo eo ke ile ka tsitsipana ka tšohanyetso, ’me ha kea ka ka ba le matla.+ 17 Kahoo mohlanka oa moren ’a ka o khonne joang ho bua le moren ’a ka?+ Ha e le ’na, ho fihlela joale ha ho matla a ’nileng a lula ka ho ’na, ’me ho hang ha ho phefumoloho e ileng ea siuoa ka ho ’na.”+
18 Ea nang le ponahalo e kang ea motho oa lefatše a boela a nkama ’me a ’matlafatsa.+ 19 Joale a re: “U se ke ua tšoha,+ Uena monna ea khahlehang haholo.+ E se eka u ka ba le khotso.+ E-ba matla, e, e-ba matla.”+ Hang ha a buile le ’na ka ipha matla ’me qetellong ka re: “Moren ’a ka a ke a bue,+ hobane u ’matlafalitse.”+ 20 Kahoo a tsoela pele ho re:
“Na u hlile ua tseba hore na ke hobane’ng ha ke tlile ho uena? Joale ke tla khutlela ho ea loana le khosana ea Persia.+ Ha ke tloha, bona! khosana ea Greece le eona ea tla.+ 21 Leha ho le joalo, ke tla u bolella lintho tse ngotsoeng ka har’a lingoliloeng tsa ’nete,+ ’me ha ho ea ntšehelitseng ka matla linthong tsena haese Mikaele,+ khosana ea lōna.+
11 “Ha e le ’na, selemong sa pele sa Dariuse Momede+ ke ile ka ema joaloka ea mo matlafatsang le joaloka qhobosheane ho eena. 2 Joale ke tla u bolella ’nete:+
“Bona! Ho sa ntse ho tla ba le marena a mararo a tla ema bakeng sa Persia,+ ’me oa bone+ o tla bokella maruo a maholo ho feta a mang ’ohle.+ Hang ha a se a le matla maruong a hae, o tla tsosa ntho e ’ngoe le e ’ngoe khahlanong le ’muso oa Greece.+
3 “Ka sebele morena ea matla o tla ema ’me a buse ka puso e pharaletseng+ ’me a etse ho ea ka thato ea hae.+ 4 Etlare ha a eme,+ ’muso oa hae o tla rojoa ’me o aroleloe meeeng e mene+ ea maholimo,+ empa o ke ke oa aroleloa litloholo tsa hae+ ’me o ke ke oa aroloa ho ea ka puso ea hae eo a busitseng ka eona; hobane ’muso oa hae o tla fotholoa, esita le bakeng sa ba bang ntle ho bana.
5 “Morena oa boroa o tla ba matla, le e mong oa likhosana tsa hae; o tla mo hlōla ’me ka sebele o tla busa ka puso e pharaletseng e khōlō ho feta matla a eo a ho busa.
6 “Bofelong ba lilemo tse itseng ba tla etsetsana selekane, ’me morali oa morena oa boroa o tla tla ho morena oa leboea e le hore a etse tokisetso e nang le toka. Empa morali eo a ke ke a ba le matla letsohong la hae;+ ’me morena eo a ke ke a ema, leha e le letsoho la hae; ho tla fanoa ka morali eo, le ba mo tlisang, le ea mo tsoetseng, le ea etsang hore a be matla ka linako tseo. 7 Ka sebele ea tsoang lehlōmeleng+ la metso ea hae o tla ema boemong ba hae, ’me o tla tla lebothong la sesole a futuhele qhobosheane ea morena oa leboea ’me ka sebele o tla nka bohato khahlanong le bona le ho hlōla. 8 Hape o tla tla Egepeta ka melimo ea bona,+ ka litšoantšo tsa bona tse entsoeng ka ho qhibilihisoa, ka lintho tsa bona tse lakatsehang tsa silevera le tsa khauta, le ka baholehuoa. O tla emella thōko le morena oa leboea ka lilemo tse itseng.
9 “O tla tla ’musong oa morena oa boroa ’me a khutlele naheng ea hae.
10 “Joale ha e le bara ba hae, ba tla halefa ’me ba bokelle bongata ba mabotho a maholo a sesole. Ka sebele o tla tla ’me a hohole a fete. Empa o tla khutla, ’me o tla halefa ho ea fihla qhobosheaneng ea hae.
11 “Morena oa boroa o tla halefa ’me o tla lokela ho ea ’me a loane le eena, ke hore, le morena oa leboea; ’me o tla etsa hore bongata bo boholo bo eme, ’me ho tla nehelanoa ka bongata letsohong la eo.+ 12 Ka sebele bongata bo tla nkoa. Pelo ea hae e tla iphahamisa,+ ’me o tla etsa hore ba likete tse mashome ba oe; empa a ke ke a sebelisa boemo ba hae bo matla.
13 “Morena oa leboea o tla khutla ’me a emise bongata bo boholo ho feta ba pele; ’me bofelong ba linako, lilemo tse itseng, o tla tla, a etse joalo ka lebotho le leholo la sesole+ le ka thepa e ngata.+ 14 Linakong tseo ho tla ba le ba bangata ba tla ema khahlanong le morena oa boroa.
“Bara ba masholu ba sechaba sa heno, ba tla nkeha ho leka ho etsa hore pono e phethahale;+ ’me ba tla lokela ho khoptjoa.+
15 “Morena oa leboea o tla tla ’me a qhobele ’mōtōmōtō o thibellang+ ’me a hape motse o nang le liqhobosheane. Ha e le matsoho a boroa, a ke ke a ema, leha e le sechaba sa bakhethoa ba hae; ’me ho ke ke ha e-ba le matla a hore a ’ne a eme. 16 Ea mo futuhelang o tla etsa ho ea ka thato ea hae, ’me ho ke ke ha e-ba le ea emang ka pel’a hae. O tla ema naheng ea Mokhabiso,+ ’me ho tla ba le pheliso letsohong la hae.+ 17 O tla reteletsa sefahleho sa hae+ hore a tle ka matla a ’muso oohle oa hae, ’me o tla etsa tumellano ea toka+ le eena; o tla sebetsa ka mokhoa o atlehileng.+ Ha e le morali oa basali, o tla lumelloa hore a ba felise. A ke ke a ema, ’me a ke ke a tsoela pele ho ba oa hae.+ 18 O tla retelletsa sefahleho sa hae libakeng tse lebōpong la leoatle+ ’me o tla hapa ba bangata. Molaoli o tla lokela ho etsa hore nyeliso e tsoang ho eena e fele bakeng sa hae, e le hore nyeliso ea hae e se ke ea e-ba teng. O tla etsa hore e khutlele holim ’a eo. 19 O tla retelletsa sefahleho sa hae liqhobosheaneng tsa naha ea habo, ’me ka sebele o tla khoptjoa a oe, ’me a ke ke a fumanoa.+
20 “Boemong ba hae ho tla ema ea+ etsang hore molefisi+ a fete ’musong o motle haholo, ’me o tla robeha ka matsatsi a seng makae, empa eseng ka bohale kapa ka ntoa.
21 “Boemong ba hae ho tla ema ea tla nyelisoa,+ ’me ka sebele ba ke ke ba beha holim ’a hae ho hlompheha ha ’muso; o tla kena nakong ea ho se be matšoenyehong+ ’me a nke ’muso ka qhekello.+ 22 Ha e le matsoho+ a moroallo, a tla pupetsoa ka lebaka la hae, ’me a tla robeha;+ joalokaha le+ Moeta-pele+ oa selekane+ a tla robeha. 23 Ka lebaka la ho etsa ha bona selekane le eena o tla ntšetsa pele thetso ’me a nyolohe a be matla ka ho sebelisa sechaba se senyenyane.+ 24 Nakong ea ho se be matšoenyehong,+ esita le ho ea karolong e ntle ea profinse o tla kena ’me a etse seo bo-ntat’ae le bo-ntat’a ntat’ae ba sa kang ba se etsa. O tla hasanya se tlatlapuoeng le se hapuoeng le thepa har’a bona; ’me o tla rera merero ea hae+ khahlanong le libaka tse etselitsoeng liqhobosheane, empa ho fihlela ka nako e itseng feela.
25 “O tla tsosa matla a hae le pelo ea hae khahlanong le morena oa boroa ka lebotho le leholo la sesole; ’me morena oa boroa o tla halefa hore a loane ka lebotho la sesole le leholo ka mokhoa o fetisisang le le matla. A ke ke a ema, hobane ba tla rera merero khahlanong le eena. 26 Bona ba jang limenyemenye tsa hae ba tla mo liha.
“Ha e le lebotho la hae la sesole, le tla hoholoa, ’me ka sebele ba bangata ba tla oela fatše ba bolailoe.
27 “Ha e le marena ana a mabeli, lipelo tsa ’ona li tla batla ho etsa se sebe, ’me tafoleng e le ’ngoe+ a tla ’ne a bue leshano.+ Empa ha ho letho le tla atleha,+ hobane bofelo e sa ntse e le ba nako e behiloeng.+
28 “O tla khutlela naheng ea hae ka thepa e ngata haholo, ’me pelo ea hae e tla ba khahlanong le selekane se halalelang.+ O tla sebetsa ka mokhoa o atlehileng+ ’me ka sebele a khutlele naheng ea hae.
29 “Ka nako e behiloeng+ o tla khutla, ’me o tla futuhela boroa;+ empa lekhetlo la ho qetela le ke ke la tšoana le lekhetlo la pele. 30 Ka sebele likepe tsa Kitime+ li tla mo futuhela, ’me o tla lokela ho nyahama.
“O tla khutla ’me a nyatse+ selekane se halalelang+ ’me a sebetse ka mokhoa o atlehileng; o tla lokela ho khutla ’me o tla nahanela ba furallang selekane se halalelang. 31 Ho tla ba le matsoho a tla ema, a tlohang ho eena; a tla silafatsa sehalalelo,+ qhobosheane, ’me a tlose tšobotsi ea kamehla.+
“Ka sebele ba tla beha ntho e nyonyehang+ e etsang lesupi.+
32 “Ba etsang bokhopo khahlanong le selekane,+ o tla ba lebisa bokoenehing+ ka mantsoe a qhekellang.+ Empa ha e le sechaba se tsebang Molimo oa sona,+ se tla hlōla+ ’me se sebetse ka mokhoa o atlehileng. 33 Ha e le ba nang le temohisiso+ har’a sechaba, ba tla fana ka kutloisiso ho ba bangata.+ Ka sebele ba tla etsoa hore ba khoptjoe ka sabole le ka malakabe, ka kholeho le ka ho tlatlapuoa,+ ka matsatsi a itseng. 34 Empa ha ba etsoa hore ba khoptjoe ba tla thusoa ka thuso e nyenyane;+ ’me ka sebele ba bangata ba tla ikopanya le bona ka qhekello.+ 35 Ba bang ba ba nang le temohisiso ba tla etsoa hore ba khoptjoe,+ e le hore ho etsoe mosebetsi oa ho tšeka ka lebaka la bona le ho hloekisa le ho soeufatsa,+ ho fihlela ka nako ea bofelo;+ hobane e sa ntse e le bakeng sa nako e behiloeng.+
36 “Morena o tla etsa ho ea ka thato ea hae, ’me o tla iphahamisa le ho itlotlisa holim ’a molimo e mong le e mong;+ ’me o tla bua lintho tse hlollang khahlanong le Molimo oa melimo.+ Ka sebele o tla atleha ho fihlela nyatso e felile;+ hobane ntho e etselitsoeng qeto e tla etsoa. 37 A ke ke a nahana ka Molimo oa bo-ntat’ae; ’me a ke ke a nahana ka takatso ea basali le ka molimo e mong le e mong, empa o tla itlotlisa holim ’a e mong le e mong.+ 38 Empa a le boemong ba hae o tla tlotlisa molimo oa liqhobosheane; ’me ka khauta le ka silevera le ka majoe a bohlokoa le ka lintho tse lakatsehang o tla tlotlisa molimo eo bo-ntat’ae ba sa kang ba mo tseba. 39 O tla sebetsa ka mokhoa o atlehileng khahlanong le liqhobosheane tse tiisitsoeng ka ho fetisisa, hammoho le molimo osele. Mang kapa mang ea mo etseng hloko o tla etsa hore a ateloe ke khanya, ’me o tla etsa hore a buse har’a ba bangata; ’me o tla arola naha ka tefello.
40 “Nakong ea bofelo morena oa boroa+ o tla kopanela le eena ho sututsaneng, ’me morena oa leboea o tla mo futuhela ka likoloi le ka banna ba lipere le ka likepe tse ngata; ’me ka sebele o tla kena linaheng a hohole ’me a fete. 41 O tla boela a kene+ naheng ea Mokhabiso,+ ’me ho tla ba le linaha tse ngata tse tla etsoa hore li khoptjoe.+ Empa bana ke bona ba tla phonyoha letsohong la hae, Edomo le Moabe+ le karolo e ka sehloohong ea bara ba Ammone. 42 O tla ’ne a otlolle letsoho la hae khahlanong le linaha; ’me ha e le naha ea Egepeta,+ e ke ke ea phonyoha. 43 Ka sebele o tla busa holim ’a matlotlo a patiloeng a khauta le silevera le holim ’a lintho tsohle tse lakatsehang tsa Egepeta. Balibya le Baethiopia ba tla mo latela.
44 “Empa ho tla ba le litlaleho tse tla mo tšoenya,+ tse tsoang bochaba-tsatsi+ le tse tsoang leboea, ’me ka sebele o tla tsoa ka khalefo e khōlō e le hore a felise le ho nehela ba bangata timetsong.+ 45 O tla hloma litente tsa hae tsa borena pakeng tsa leoatle le leholo le thaba e halalelang ea Mokhabiso;+ ’me o tla lokela ho fihla bofelong ba hae,+ ’me o tla hloka mothusi.+
12 “Nakong eo Mikaele+ o tla raoha, khosana e khōlō+ e emeng+ molemong oa bara ba sechaba sa heno.+ Ka sebele ho tla ba le nako ea mahlomola eo e joaloka eona e e-s’o ka e etsoa hore e be teng ho tloha ha ho e-ba le sechaba ho fihlela ka nako eo.+ Nakong eo sechaba sa heno se tla phonyoha,+ e mong le e mong ea fumanoang a ngotsoe bukeng.+ 2 Ho tla ba le ba bangata ho ba robetseng lerōleng la lefatše ba tla tsoha,+ bana ba tsohele bophelong bo hlolang ka nako e sa lekanyetsoang+ ’me bao ba tsohele linyelisong le ho nyonyeheng ho hlolang ka nako e sa lekanyetsoang.+
3 “Ba nang le temohisiso ba tla khanya joaloka ho khanya ha sepakapaka;+ ’me ba tlisang ba bangata ho lokeng,+ ba tla khanya joaloka linaleli ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng.
4 “Ha e le uena, Daniele, etsa hore mantsoe ana e be sephiri ’me u tiise buka,+ ho fihlela nakong ea bofelo.+ Ba bangata ba tla phenya, ’me tsebo ea ’nete e tla ba ngata.”+
5 ’Na Daniele, ka talima, ’me, bonang! ho ne ho e-na le ba bang ba babeli ba emeng,+ e mong a le mona lebōpong la molapo ’me e mong a le mane lebōpong la molapo.+ 6 Joale e mong a re ho monna ea apereng line,+ ea neng a le ka holim ’a metsi a molapo: “E tla ba halelele hakae ho isa bofelong ba lintho tsee tse hlollang?”+ 7 Ka qala ho utloa monna ea apereng line, ea neng a le ka holim ’a metsi a molapo, ha a phahamisetsa letsoho la hae le letona le letsoho la hae le letšehali maholimong ’me a hlapanya+ ka Ea phelang ka nako e sa lekanyetsoang:+ “E tla ba ka nako e behiloeng, linako tse behiloeng le halofo.+ Hang ha ho phethiloe ho robakanngoa ha matla a sechaba se halalelang,+ lintho tsena tsohle li tla fela.”
8 Joale ha e le ’na, ke ile ka utloa, empa ha kea ka ka utloisisa;+ hoo ke ileng ka re: “Moren ’a ka, karolo e qetellang ea lintho tsee e tla ba eng?”+
9 A tsoela pele ho re: “Tsamaea, Daniele, hobane mantsoe ao a entsoe sephiri ’me a tiisitsoe ho fihlela nakong ea bofelo.+ 10 Ba bangata ba tla itlhoekisa+ le ho itšoeufatsa+ ’me ba tla tšekoa.+ Ka sebele ba khopo ba tla etsa bokhopo,+ ’me ho hang ha ho ba khopo ba tla utloisisa;+ empa ba nang le temohisiso ba tla utloisisa.+
11 “Ho tloha nakong eo ka eona ho tlositsoeng+ tšobotsi ea kamehla+ ’me ho behiloe ntho e nyonyehang+ e etsang lesupi, ho tla ba le matsatsi a sekete le makholo a mabeli le mashome a robong.
12 “Ho thaba+ ea lulang a lebeletse le ea fihlang matsatsing a sekete le makholo a mararo le mashome a mararo a metso e mehlano!
13 “Ha e le uena, e-ea bofelong;+ ’me u tla phomola,+ empa u tla ema bakeng sa kabelo ea hao bofelong ba matsatsi.”+