Joele
1 Lentsoe la Jehova le ileng la hlaha+ ho Joele mora oa Pethuele:
2 “Utloang sena, lōna banna ba baholo, ’me le mamele, lōna baahi bohle ba naha.+ Na see se etsahetse matsatsing a lōna, kapa esita le matsatsing a baholo-holo ba lōna?+ 3 Malebana le sona fanang ka tlaleho ho bara ba lōna, le bara ba lōna ho bara ba bona, le bara ba bona ho moloko o latelang.+ 4 Se siiloeng ke pōpane, se jeloe ke tsie;+ ’me se siiloeng ke tsie, se jeloe ke tsie e hahabang e se nang mapheo; ’me se siiloeng ke tsie e hahabang e se nang mapheo se jeloe ke lephele.+
5 “Tsohang, lōna matahoa,+ ’me le lle; le bokolle,+ lōna bohle ba noang veine, ka lebaka la veine e monate,+ kaha e tlositsoe melomong+ ea lōna. 6 Etsoe ho na le sechaba se nyolohetseng naheng ea ka, se matla le se se nang palo.+ Meno a sona ke meno a tau,+ ’me se na le masapo a mohlahare a tau. 7 Se behile sefate sa ka sa morara e le ntho e makalloang,+ le sefate sa ka sa feiga e le kutu.+ Ka sebele se se hlobolisitse hore se sale se sa koaheloa ke letho ’me se se lahlile.+ Makala a sona a soeufetse. 8 Bokollang, joalokaha moroetsana ea itlamileng ka lesela la mokotla+ a etsa ka lebaka la mong’a bocha ba hae.
9 “Nyehelo ea lijo-thollo+ le nyehelo ea seno+ e tlositsoe ntlong ea Jehova; baprista, basebeletsi+ ba Jehova, ba siame.+ 10 Tšimo e tlatlapuoe,+ mobu o siame;+ kaha lijo-thollo li tlatlapuoe, veine e ncha e horutsoe,+ oli e nyametse.+ 11 Lihoai li hlabiloe ke lihlong;+ balemi ba morara ba bokoletse, ka lebaka la koro le ka lebaka la harese; kaha lijalo tsa tšimo li senyehile.+ 12 Sefate sa morara se omeletse, esita le sefate sa feiga se nyametse. Ha e le sefate sa kharenate, le sefate sa palema le sefate sa apole, lifate tsohle tsa tšimo, li omeletse;+ kaha thabo e khaphatsehang e tlohile ho bara ba moloko oa batho+ ka ho hlajoa ke lihlong.
13 “Itlameng, ’me le ikotle lifuba,+ lōna baprista. Bokollang, lōna basebeletsi ba aletare.+ Kenang, le hlole bosiu le apere lesela la mokotla, lōna basebeletsi ba Molimo oa ka; etsoe ntlo ea Molimo oa lōna e tinngoe nyehelo ea lijo-thollo+ le nyehelo ea seno.+ 14 Halaletsang nako ea ho itima lijo.+ Bitsang seboka se hlomphehang.+ Bokellang banna ba baholo, baahi bohle ba naha, ntlong ea Jehova Molimo oa lōna,+ ’me le hoeletse ho Jehova ho kōpa thuso.+
15 “Jo! letsatsi leo;+ hobane letsatsi la Jehova le haufi,+ ’me le tla tla joaloka ho tlatlapa ho tsoang ho Ea Matla ’Ohle! 16 Na lijo ha lia tlosoa ka pel’a mahlo a rōna; ho thaba le nyakallo, ntlong ea Molimo oa rōna?+ 17 Lifeiga tse omisitsoeng li ponne tlas’a likharafu tsa bona. Matlo a polokelo a entsoe lesupi. Meliko e qhaqhiloe, kaha lijo-thollo li felile. 18 Phoofolo e ruuoang e fehetsoe hakaakang! Mohlape oa likhomo o hlahlathetse ka ho ferekana hakaakang! Etsoe ha ho lekhulo bakeng sa oona.+ Hape, mehlape ea linku ke eona e jarisitsoeng molato.
19 “Ke tla ipiletsa+ ho uena, Jehova; kaha mollo o chesitse makhulo a lefeella, ’me lelakabe le chesitse lifate tsohle tsa tšimo.+ 20 Le liphoofolo tsa naha li ntse li u hloloheloa,+ hobane likotopo tsa metsi li omme,+ ’me mollo o chesitse makhulo a lefeella.”
2 “Letsang lenaka Sione,+ ’me le tlerole mohoo oa ntoa+ thabeng ea ka e halalelang.+ Baahi bohle ba naha ba ke ba ferekane;+ kaha letsatsi la Jehova lea tla,+ etsoe le haufi! 2 Ke letsatsi la lefifi le botšo,+ letsatsi la maru le botšo bo boholo, joaloka khanya ea mafube ha e aliloe holim ’a lithaba.+
“Ho na le batho ba bangata le ba matla;+ ba joaloka bona ha baa etsoa hore ba be teng ho tloha nakong e fetileng e sa lekanyetsoang,+ ’me ka mor’a bona ho ke ke ha e-ba le ba bang hape ho isa lilemong tsa moloko o mong ka mor’a o mong. 3 Ka pel’a bona mollo o chesitse,+ ’me ka mor’a bona lelakabe lea chesa.+ Naha ka pel’a bona e joaloka serapa sa Edene;+ empa ka mor’a bona ke lefeella la lesupi, ’me ha ho letho ho tsoa moo le phonyohang.
4 “Ponahalo ea bona e joaloka ponahalo ea lipere, ’me ba ntse ba matha joaloka lipere tsa ntoa.+ 5 Joaloka molumo oa likoloi litlhōrōng tsa lithaba ba ntse ba tlōla-tlōla,+ joaloka molumo oa mollo o tukang o chesang litlhaka.+ Ba joaloka batho ba matla, ba entseng thekō ea ntoa.+ 6 Ka lebaka la bona, lichaba li tla utloa bohloko bo boholo.+ Ha e le lifahleho tsohle, ka sebele li tla bokella ho phatsima ha ho feha matšoafo.+
7 “Ba matha joaloka banna ba matla.+ Ba hloa lerako joaloka banna ba ntoa. E mong le e mong o ea ka tsela ea hae, ’me ha ba fetole litsela+ tsa bona. 8 E mong ha a sutumetse e mong. Joaloka monna ea phetseng hantle ’meleng tseleng ea hae, ba ntse ba e-ea; ’me haeba ba bang ba oa har’a metsu, ba bang ha ba khelohe tsela.
9 “Ba potlakela motseng. Ba matha lerakong. Ba hloella matlong. Ba kena ka lifensetere joaloka lesholu. 10 Ka pel’a bona naha e tsukutlehile, maholimo a reketlile. Letsatsi le khoeli li fifetse,+ ’me linaleli li honyelitse khanya+ ea tsona. 11 Ka sebele Jehova o tla fana ka lentsoe+ la hae ka pel’a lebotho la hae la sesole,+ etsoe lebotho la hae le lengata haholo.+ Kaha ea phethang lentsoe la hae o matla; etsoe letsatsi la Jehova le leholo+ ’me le tšosa haholo, ’me ke mang ea ka tiisetsang tlas’a lona?”+
12 “Joale hape,” ho bolela Jehova, “khutlelang ho ’na ka lipelo+ tsohle tsa lōna, le ka ho itima lijo+ le ka ho lla le ka ho bokolla.+ 13 Le hahole lipelo+ tsa lōna, eseng liaparo+ tsa lōna; ’me le khutlele ho Jehova Molimo oa lōna, kaha o mosa ’me o mohau,+ o lieha ho halefa+ ’me o tletse mosa o lerato,+ ’me ka sebele o tla ikutloa a soabile ka lebaka la tlokotsi.+ 14 Ke mang ea tsebang hore na o tla khutla ’me a ikutloe a soabile+ ’me a siee tlhohonolofatso ka mor’a bona,+ nyehelo ea lijo-thollo le nyehelo ea seno bakeng sa Jehova Molimo oa lōna?
15 “Letsang lenaka Sione, Lōna banna.+ Halaletsang nako ea ho itima lijo.+ Bitsang seboka se hlomphehang.+ 16 Bokellang batho. Halaletsang phutheho.+ Phuthang banna-baholo. Bokellang bana le ba anyang matsoele.+ Monyali a tsoe kamoreng ea hae e ka hare, le monyaluoa leqatheng la hae.
17 “Pakeng tsa mathule le aletare+ baprista, basebeletsi ba Jehova, ba ke ba lle ’me ba re, ‘Jehova, utloela batho ba hao bohloko, ’me u se ke ua etsa lefa la hao nyeliso,+ hore lichaba li ba buse. Ke hobane’ng ha ba lokela ho re har’a lichaba: “Molimo oa bona o hokae?”’+ 18 Jehova o tla chesehela naha+ ea hae ’me o tla bontša qenehelo ho batho ba hae.+ 19 Jehova o tla araba ’me a re ho batho ba hae, ‘Bonang! ke le romela lijo-thollo le veine e ncha le oli, ’me ka sebele le tla e khora;+ nke ke ka hlola ke le etsa nyeliso har’a lichaba.+ 20 Ke tla suthisetsa oa leboea+ hōle le lōna, ’me ke tla mo qhalakanyetsa naheng e se nang metsi le e lesupi, sefahleho sa hae se lebile leoatleng le ka bochabela+ ’me karolo ea hae e ka morao e lebile leoatleng le ka bophirimela.+ Ka sebele monko o mobe o tsoang ho eena o tla nyoloha,+ ’me seputa se tsoang ho eena se tla ’ne se nyolohe; hobane O tla etsa ntho e khōlō ho seo A se etsang.’
21 “U se ke ua tšoha, Uena mobu. Thaba ’me u nyakalle; kaha Jehova o tla etsa ntho e khōlō ho seo A se etsang.+ 22 Le se ke la tšoha, lōna liphoofolo tsa naha e sabaletseng,+ kaha ka sebele makhulo a lefeella a tla ba matala.+ Etsoe sefate se tla fana ka litholoana+ tsa sona. Sefate sa feiga le sefate sa morara li tla fana ka mafolofolo a tsona.+ 23 Lōna bara ba Sione, thabang ’me le nyakalle ho Jehova Molimo oa lōna;+ kaha o tla tlameha ho le neha pula ea lehoetla ka tekanyo e nepahetseng,+ ’me o tla theolela holim ’a lōna pula ea litloebelele, pula ea lehoetla le pula ea selemo, joaloka pele.+ 24 Liotlo li tla tlala ka lijo-thollo tse hloekisitsoeng, ’me likhakeletsi tsa lihatelo li tla khaphatseha ka veine e ncha le oli.+ 25 Ke tla le buseletsa bakeng sa lilemo tseo ka tsona tsie, tsie e hahabang, e se nang mapheo, le lephele le pōpane li jeleng, lebotho la ka le leholo la sesole leo ke le rometseng har’a lōna.+ 26 Ka sebele le tla ja, le je ’me le khore,+ ’me le tla tlameha ho rorisa lebitso la Jehova Molimo oa lōna,+ ea le entseng ka ho hlollang hakana;+ ’me batho ba ka ba ke ke ba hlajoa ke lihlong ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ 27 Le tla lokela ho tseba hore ’na ke har’a Iseraele,+ le hore ke ’na Jehova Molimo oa lōna ’me ha ho e mong.+ Batho ba ka ba ke ke ba hlajoa ke lihlong ho isa nakong e sa lekanyetsoang.
28 “Ka mor’a moo ke tla tšollela moea+ oa ka holim ’a nama ea mofuta o mong le o mong,+ ’me ka sebele bara ba lōna le barali+ ba lōna ba tla profeta. Ha e le banna-baholo ba lōna, ba tla lora litoro. Ha e le bahlankana ba lōna, ba tla bona lipono. 29 Ke tla tšollela moea oa ka esita le holim ’a bahlanka le holim ’a makhabunyane matsatsing ao.+
30 “Ke tla etsa limakatso maholimong+ le lefatšeng, mali le mollo le topallo ea mosi.+ 31 Letsatsi le tla fetoha lefifi,+ le khoeli e fetohe mali,+ pele letsatsi le leholo le le tšosang la Jehova le fihla.+ 32 E mong le e mong ea ipiletsang lebitsong la Jehova o tla pholoha;+ kaha Thabeng ea Sione le Jerusalema ho tla ba le baphonyohi,+ feela joalokaha Jehova a boletse, le har’a ba setseng, bao Jehova a ba bitsang.”+
3 “Etsoe, bonang! matsatsing ao le nakong+ eo, ha ke khutlisa baholehuoa ba Juda le Jerusalema,+ 2 ke tla boela ke phuthe lichaba+ tsohle ’me ke li theolele khohlong ea Josafate;+ ’me ke tla kena kahlolong le tsona moo ka lebaka la batho ba ka le lefa la ka la Iseraele,+ eo li e hasantseng har’a lichaba; ’me li arotse naha+ ea ka. 3 Ka lebaka la batho ba ka li ’nile tsa lahla lotho;+ ’me li ne li fana ka ngoana e motona bakeng sa letekatse,+ ’me ngoana e motšehali li mo rekisa bakeng sa veine, e le hore li tle li noe.
4 “Hape, taba ea lōna le ’na ke efe, Lōna Tyre le Sidone+ le lōna libaka tsohle tsa Filistia?+ Na ke eona tšoaro eo le ’nehang eona e le moputso? Haeba le ntšoara ka tšoaro e joalo, kapele, ka potlako ke tla busetsa tšoaro ea lōna lihloohong+ tsa lōna. 5 Hobane le nkile silevera ea ka le khauta+ ea ka, ’me le tlisitse lintho tsa ka tse lakatsehang tse ntle litempeleng+ tsa lōna; 6 ’me bara ba Juda le bara ba Jerusalema le ba rekiselitse+ bara ba Bagerike,+ ka morero oa ho ba suthisetsa hōle le naha ea habo bona;+ 7 bonang! ke ba tsosa hore ba tsoe sebakeng seo le ba rekisitseng+ ho sona, ’me ke tla busetsa tšoaro ea lōna lihloohong tsa lōna.+ 8 Ke tla rekisa bara ba lōna le barali ba lōna matsohong a bara ba Juda,+ ’me ba tla ba rekisetsa banna ba Sheba,+ sechabeng se hōle haholo;+ kaha Jehova o ho boletse.
9 “Phatlalatsang sena har’a lichaba,+ ‘Halaletsang ntoa! Tsosang banna ba matla!+ Ba ke ba atamele! Ba ke ba nyolohe, banna bohle ba ntoa!+ 10 Teang mehoma ea lōna hore e be lisabole le likere tsa lōna tse faolang limela+ e be marumo. Ha e le ea fokolang, a ke a re: “Ke ’na monna ea matla.”+ 11 Fanang ka thuso ’me le tle, lōna lichaba tsohle ho potoloha,+ ’me le phuthehe.’”+
Jehova, theolela ba matla ba hao sebakeng seo.+
12 “Lichaba li ke li tsosoe ’me li nyolohele khohlong ea Josafate;+ kaha ke moo ke tla lula e le hore ke ahlole lichaba tsohle tse pota-potileng.+
13 “Akhelang sekele,+ kaha lijalo li butsoitse.+ Tloong, theohang, kaha sehatelo sa veine se tletse.+ Likhakeletsi tsa lihatelo lia khaphatseha; kaha bobe ba bona bo bongata.+ 14 Bongata, bongata bo khohlong ea qeto,+ kaha letsatsi la Jehova le haufi khohlong ea qeto.+ 15 Ka sebele letsatsi le khoeli li tla fifala, ’me linaleli li tla honyetsa khanya ea tsona.+ 16 Jehova o tla puruma a le Sione, ’me o tla ntša lentsoe+ la hae a le Jerusalema. Ka sebele leholimo le lefatše li tla reketla;+ empa Jehova e tla ba setšabelo ho batho ba hae,+ le qhobosheane ho bara ba Iseraele.+ 17 Le tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova Molimo oa lōna,+ ea lulang Sione thabeng ea ka e halalelang.+ Jerusalema e tla fetoha sebaka se halalelang;+ ha e le basele, ba ke ke ba hlola ba feta ho eona.+
18 “Ka letsatsi leo lithaba li tla rotha veine e monate,+ le maralla a tla phalla lebese, le tsona likotopo tsa Juda kaofela li tla phalla metsi. Ntlong ea Jehova ho tla tsoa seliba,+ ’me se tla nosetsa phula ea molapo o phoroselang ea Lifate tsa Leoka.+ 19 Ha e le Egepeta, e tla fetoha lesupi;+ ha e le Edomo, e tla fetoha lefeella la lesupi,+ ka lebaka la pefo ho bara ba Juda, bao naheng ea bona ba tšolotseng mali a ba hlokang molato.+ 20 Empa ha e le Juda, e tla ba le baahi ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+ le Jerusalema ho isa molokong o mong ka mor’a o mong.+ 21 Mali a bona ao ke neng ke sa a talime a hloka molato ke tla a talima e le a hlokang molato;+ ’me Jehova o tla be a lula Sione.”+