Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • bi12 Amose 1:1-9:15
  • Amose

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Amose
  • Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
Amose

Amose

1 Mantsoe a Amose, ea neng a le har’a bahlokomeli ba linku ba tsoang Tekooa,+ ao a bileng le pono ea ’ona malebana le Iseraele+ matsatsing a Uzia+ morena oa Juda le matsatsing a Jeroboame+ mora oa Joashe,+ morena oa Iseraele, lilemo tse peli pele ho tšisinyeho ea lefatše.+ 2 A re:

“Jehova—o tla puruma a le Sione,+ ’me o tla ntša lentsoe a le Jerusalema;+ ’me makhulo a balisa a tla siama, le tlhōrō ea Karmele e tla omella.”+

3 “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘“Ka lebaka la ho etsa bofetoheli ha Damaseka+ hararo, le ka lebaka la ho bo etsa hane, nke ke ka e khutlisa, ka lebaka la ho pola ha bona Gileade+ ka lipolo tsa tšepe. 4 Ke tla romela mollo+ ntlong ea Hazaele,+ ’me o tla chesa litora tsa bolulo tsa Ben-hadade.+ 5 Ke tla roba mokoallo oa Damaseka+ le ho felisa moahi Bikathe-avene, le ea tšoereng lere la borena Bethe-edene; ’me batho ba Syria ba tla lokela ho ea Kire e le baholehuoa,”+ ho boletse Jehova.’

6 “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘“Ka lebaka la ho etsa bofetoheli ha Gaza+ hararo, le ka lebaka la ho bo etsa hane, nke ke ka e khutlisa, ka lebaka la ho isa ha bona kholehong sehlopha se feletseng sa baholehuoa+ ho nehelana ka sona ho Edomo.+ 7 Ke tla romela mollo lerakong la Gaza,+ ’me o tla chesa litora tsa eona tsa bolulo. 8 Ke tla felisa moahi Ashdode,+ le ea tšoereng lere la borena Ashkelone;+ ke tla khutlisa letsoho la ka+ holim ’a Ekrone,+ ’me ba setseng ba Bafilista ba tla timela,”+ ho boletse ’Musi Morena Jehova.’

9 “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Ka lebaka la ho etsa bofetoheli ha Tyre+ hararo, le ka lebaka la ho bo etsa hane, nke ke ka e khutlisa, ka lebaka la ho nehelana ha bona ka sehlopha se feletseng sa baholehuoa ho Edomo, le hobane ha baa ka ba hopola selekane sa bara ba motho.+ 10 Ke tla romela mollo lerakong la Tyre, ’me o tla chesa litora tsa eona tsa bolulo.’+

11 “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Ka lebaka la ho etsa bofetoheli ha Edomo+ hararo, le ka lebaka la ho bo etsa hane, nke ke ka e khutlisa, ka lebaka la ho lelekisa mor’abo ka sabole,+ le hobane o sentse litšobotsi tsa hae tsa mohau,+ ’me bohale ba hae bo ntse bo rusolla ka ho sa feleng; le khalefo ea hae—o e bolokile ka ho sa feleng.+ 12 Ke tla romela mollo Temane,+ ’me o tla chesa litora tsa bolulo tsa Bozra.’+

13 “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘“Ka lebaka la ho etsa bofetoheli ha bara ba Ammone+ hararo, le ka lebaka la ho bo etsa hane, nke ke ka e khutlisa,+ ka lebaka la ho tabola ha bona basali ba baimana ba Gileade, ka morero oa ho atolosa sebaka sa bona.+ 14 Ke tla hotetsa mollo lerakong la Raba,+ ’me o tla chesa litora tsa eona tsa bolulo, ka mokhosi letsatsing la ntoa, ka sefefo se matla letsatsing la moea oa sefefo.+ 15 Morena oa bona o tla ea kholehong, eena hammoho le likhosana tsa hae,”+ ho boletse Jehova.’

2 “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘“Ka lebaka la ho etsa bofetoheli ha Moabe+ hararo, le ka lebaka la ho bo etsa hane, nke ke ka e khutlisa, ka lebaka la ho chesa ha eona masapo a morena oa Edomo hore e be kalaka.+ 2 Ke tla romela mollo Moabe, ’me o tla chesa litora tsa bolulo tsa Keriothe;+ ’me Moabe e tla shoa ka lerata, ka mokhosi, ka molumo oa lenaka.+ 3 Ke tla felisa moahloli ho eona, ’me likhosana tsohle tsa eona ke tla li bolaea le eona,”+ ho boletse Jehova.’

4 “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Ka lebaka la ho etsa bofetoheli ha Juda+ hararo, le ka lebaka la ho bo etsa hane, nke ke ka e khutlisa, ka lebaka la ho lahla ha bona molao oa Jehova,+ le hobane ha baa ka ba boloka melao ea hae ea tsamaiso; empa mashano+ a bona, ao baholo-holo ba bona ba neng ba tsamaile ka mor’a ’ona, a ’nile a etsa hore ba hlahlathele.+ 5 Ke tla romela mollo Juda, ’me o tla chesa litora tsa bolulo tsa Jerusalema.’+

6 “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Ka lebaka la ho etsa bofetoheli ha Iseraele+ hararo, le ka lebaka la ho bo etsa hane, nke ke ka e khutlisa, ka lebaka la ho rekisa ha bona ea lokileng bakeng sa silevera, le mofutsana bakeng sa theko ea para ea meqathatso.+ 7 Ba labalabela lerōle la lefatše le holim ’a lihlooho tsa batho ba tlaase;+ ’me ba khelosa tsela ea batho ba bonolo;+ ’me motho le ntat’ae ba ile ho ngoanana a le mong,+ ka morero oa ho hlompholla lebitso la ka le halalelang.+ 8 Ba ithapalatsa+ ka thōko ho aletare+ e ’ngoe le e ’ngoe holim ’a liaparo tse nkiloeng e le tebeletso; ’me ka tlung ea melimo ea bona ba noela veine ea ba lefisitsoeng.’+

9 “‘Empa ha e le ’na, ke ne ke felisitse Moamore+ ka lebaka la bona, eo bophahamo ba hae bo neng bo le joaloka bophahamo ba likedare, le ea neng a le matla joaloka lifate tsa litonanahali;+ ’me ke ile ka qala ho felisa litholoana tsa hae holimo le metso ea hae tlaase.+ 10 Ka le ntša naheng ea Egepeta,+ ’me ka ’na ka etsa hore le tsamaee lefeelleng ka lilemo tse mashome a mane,+ e le hore le ka rua naha ea Moamore.+ 11 Ka ’na ka emisa ba bang ba bara ba lōna e le baprofeta+ le ba bang ba bahlankana ba lōna e le Banazari.+ Na ka sebele see ha sea lokela, Lōna bara ba Iseraele?’ ho bolela Jehova.

12 “‘Empa la ’na la fa Banazari veine hore ba noe,+ ’me la laela baprofeta, la re: “Le se ke la profeta.”+ 13 Bonang! ke etsa hore se ka tlas’a lōna se tsukutlehe, joalokaha ho tsukutleha koloi e tletseng lijo-thollo tse sa tsoa khuoa tse entseng mokoloko. 14 Sebaka seo ho baleheloang ho sona se tla timela bakeng sa ea lebelo,+ ’me ha ho le ea mong ea matla ea tla eketsa matla a hae, ’me ha ho monna ea matla ea tla pholosa moea oa hae.+ 15 Ha ho le ea mong ea tšoarang seqha ea tla ema, ’me ha ho le ea mong ea maoto a lebelo ea tla baleha, ’me ha ho mopalami oa pere ea tla pholosa moea oa hae.+ 16 Ha e le ea matla pelong ea hae har’a banna ba matla, o tla baleha a hlobotse letsatsing leo,’+ ho bolela Jehova.”

3 “Utloang lentsoe lena leo Jehova a le buileng malebana le lōna,+ bara ba Iseraele, malebana le lelapa lohle leo ke le ntšitseng naheng ea Egepeta,+ le reng, 2 ‘Ke tsebile lōna feela+ har’a malapa ’ohle a lefatše.+ Ke ka lebaka leo ke tla ahlola litaba khahlanong le lōna bakeng sa liphoso+ tsohle tsa lōna.

3 “‘Na ba babeli ba tla tsamaea hammoho ntle le hore ebe ba behelane nako ea ho kopana?+ 4 Na tau e tla puruma morung ha e se na phofu?+ Na taoana e moetse e tla ntša lentsoe la eona sebakeng seo e ipatang ho sona haeba e sa tšoasa letho? 5 Na nonyana e tla oela sefing se mobung ha ho se na leraba bakeng sa eona?+ Na sefi se nyoloha fatše haeba ho hang se sa tšoasa letho? 6 Haeba ho letsoa lenaka motseng, na batho le bona ha ba thothomele?+ Haeba tlokotsi e etsahala motseng, na hape hase Jehova ea nkileng bohato? 7 Etsoe ’Musi Morena Jehova a ke ke a etsa letho ntle le hore a senolele bahlanka ba hae baprofeta taba ea hae ea lekunutu.+ 8 Ho na le tau e purumileng!+ Ke mang ea ke keng a tšoha? ’Musi Morena Jehova o buile! Ke mang ea ke keng a profeta?’+

9 “‘Phatlalatsang litoreng tsa bolulo Ashdode le litoreng tsa bolulo naheng ea Egepeta,+ le re: “Bokanang khahlanong le lithaba tsa Samaria,+ ’me le bone ho hloka taolo ho hongata ho eona le boemo ba ho etsa bolotsana ka hare ho eona.+ 10 Ha baa tseba ho etsa se nepahetseng,”+ ho bolela Jehova, “ba bolokang pefo+ le ho tlatlapa litoreng tsa bona tsa bolulo.”’

11 “Ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Ho na le mohanyetsi ho potoloha naha,+ ’me ka sebele o tla theola matla a lōna ho lōna, ’me litora tsa lōna tsa bolulo li tla tlatlapuoa.’+

12 “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Feela joalokaha molisa a hloibila litlhakoana tse peli kapa karolo ea tsebe molomong oa tau,+ ka ho tšoanang bara ba Iseraele ba tla hloibiloa, ba lulang Samaria setulong se setle haholo se kang bethe+ le setulong se kang moalo sa Damaseka.’+

13 “‘Utloang ’me le pake+ ka tlung ea Jakobo,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova, Molimo oa mabotho. 14 ‘Etsoe, ka letsatsi la ha ke ahlola litaba+ khahlanong le Iseraele bakeng sa bofetoheli ba eona, ke tla boela ke ahlole litaba khahlanong le lialetare tsa Bethele;+ ’me ka sebele manaka a aletare a tla khaoloa ’me a tla oela fatše.+ 15 Ke tla liha ntlo ea mariha+ ho phaella ntlong ea lehlabula.’+

“‘Matlo a manaka a tlou a tla lokela ho senngoa,+ ’me matlo a mangata a tla lokela ho fela,’+ ho bolela Jehova.”

4 “Utloang lentsoe lena, lōna likhomo tsa Bashane,+ tse thabeng ea Samaria,+ tse etsetsang ba tlaase bolotsana,+ tse hatellang mafutsana, tse reng ho beng ba tsona, ‘Tlisang, ’me a re noeng!’ 2 ’Musi Morena Jehova o hlapantse ka khalalelo+ ea hae, ‘“Bonang! Matsatsi aa le tlela, ’me ka sebele o tla le phahamisa ka lihakisi tsa nama ’me karolo ea lōna ea ho qetela e be ka lilope.+ 3 Le tla tsoa ka makhalo,+ e mong le e mong a lebile pele ka ho toba; ’me ka sebele le tla lahleloa Harmone,” ho bolela Jehova.’

4 “‘Tloong Bethele ’me le etse tlōlo.+ Le etse tlōlo khafetsa Gilgale,+ ’me le tlise mahlabelo a lōna hoseng; ka letsatsi la boraro, le tlise likarolo tsa lōna tsa leshome.+ 5 Ho se lomositsoeng etsang hore mosi oa sehlabelo sa liteboho o kubelle,+ ’me le phatlalatse linyehelo tsa boithaopo;+ li phatlalatseng, etsoe ke tsela eo le ratileng ka eona, Lōna bara ba Iseraele,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova.

6 “‘Le ’na ke ile ka le fa bohloeki ba meno+ metseng eohle ea lōna le ho hloka bohobe libakeng tsohle tsa lōna;+ empa ha lea ka la khutlela ho ’na,’+ ho bolela Jehova.

7 “‘Ha e le ’na, ke ile ka boela ka le hanela ka pula ea litloebelele ha ho sa ntse ho e-na le likhoeli tse tharo pele ho kotulo;+ ’me ka nesa pula motseng o mong, empa motseng o mong ke ne ke sa nese pula. Ho ne ho e-ba le tšimo e neng e neloa ke pula, empa tšimo eo ke neng ke etsa hore e se ke ea neloa ke pula e ne e omella.+ 8 Metse e ’meli kapa e meraro e ne e thekesella motseng o le mong ho ea noa metsi,+ ’me e ne e sa khore; empa ha lea ka la khutlela ho ’na,’+ ho bolela Jehova.

9 “‘Ka le otla ka komello le phori.+ Lirapa tsa lōna le lirapa tsa lōna tsa morara tsa ata, empa lifate tsa lōna tsa feiga le lifate tsa lōna tsa mohloaare li ne li jeoa ke pōpane;+ empa leha ho le joalo ha lea ka la khutlela ho ’na,’+ ho bolela Jehova.

10 “‘Ka romela har’a lōna lefu la seoa le sebōpehong sa la Egepeta.+ Ka bolaea bahlankana ba lōna ka sabole,+ hammoho le ho hapa lipere+ tsa lōna. Ka ’na ka etsa hore monko o mobe oa liahelo tsa lōna o nyolohele esita le linkong tsa lōna;+ empa ha lea ka la khutlela ho ’na,’+ ho bolela Jehova.

11 “‘Ka baka ho lihuoa har’a lōna, joaloka ho lihuoa ha Sodoma le Gomora ke Molimo.+ La tšoana le lefatsa le hloibitsoeng mollong;+ empa ha lea ka la khutlela ho ’na,’+ ho bolela Jehova.

12 “Ka hona sena ke seo ke tla se etsa ho uena, Iseraele. Ka lebaka la hore ke tla etsa ntho ena ho uena, u itokisetse ho kopana le Molimo oa hao,+ Uena Iseraele. 13 Etsoe, bona! Moetsi oa lithaba+ le ’Mōpi oa moea,+ le Ea bolellang motho oa lefatše monahano oa hae oa kelello,+ Ea etsang hore mafube a fifale,+ le Ea hatakelang holim ’a libaka tse phahameng tsa lefatše,+ lebitso la hae ke Jehova Molimo oa mabotho.”+

5 “Utloang lentsoe lena leo ke le bolellang lona e le koli-ea-malla,+ Lōna ba ntlo ea Iseraele:

 2 “Moroetsana,+ Iseraele, o oele;+

A ke ke a boela a tsoha.+

O furaletsoe lefatšeng la habo;

Ha ho le ea mong ea mo phahamisang.+

3 “Etsoe sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Motse o neng o tsoa ka ba sekete o tla salloa ke ba lekholo; le o tsoang ka ba lekholo o tla salloa ke ba leshome, bakeng sa ba ntlo ea Iseraele.’+

4 “Etsoe sena ke seo Jehova a se boleletseng ba ntlo ea Iseraele, ‘Mpatleng,+ ’me le ’ne le phele.+ 5 Le se ke la batla Bethele,+ ’me le se ke la tla Gilgale,+ ’me le se ke la feta Beerseba;+ hobane ruri Gilgale e tla ea kholehong;+ ha e le Bethele, e tla fetoha ho hong ho sa tloaelehang.+ 6 Batlang Jehova, ’me le ’ne le phele,+ e le hore a se ke a sebetsa joaloka mollo,+ Lōna ba ntlo ea Josefa,+ ’me o se ke oa chesa, ’me Bethele e tle e se ke ea hloka le ea mong ea e timang,+ 7 Lōna ba fetolang toka hore e be lengana,+ le ba lahletseng ho loka lefatšeng.+ 8 Moetsi oa sehlopha sa linaleli sa Kima+ le sehlopha sa linaleli+ sa Kesile,+ le Ea fetolang moriti o lefifi+ hore e be hoseng, le Ea entseng hore motšehare o be lefifi joaloka bosiu,+ Ea bitsang metsi a leoatle, e le hore a ka a tšollela holim ’a lefatše+—lebitso la hae ke Jehova;+ 9 ea etsang hore ho tlatlapa ho hlahe ka tšohanyetso ho ea matla, hore ho tlatlapa ho hlahele esita le sebaka se etselitsoeng qhobosheane.

10 “‘Hekeng ba hloile ea khalemelang,+ ’me ba hloea ea buang lintho tse phethahetseng.+ 11 Ka hona, ka lebaka la hore ho motho ea tlaase le batla chelete ea tšimo e hirisitsoeng, le sethabathaba sa lijo-thollo le ntse le se nka ho eena;+ le hahile matlo a lejoe le betliloeng,+ empa le ke ke la tsoela pele le lula ho ’ona; ’me le lemile lirapa tse lakatsehang tsa morara, empa le ke ke la tsoela pele le noa veine ea tsona.+ 12 Etsoe ke tsebile kamoo bofetoheli ba lōna bo leng boholo kateng+ le kamoo libe tsa lōna li leng matla kateng,+ Lōna ba bontšang bora ho ea lokileng,+ lōna ba nkang tjotjo,+ le ba khelosang mafutsana+ esita le hekeng.+ 13 Ka hona ea nang le temohisiso ka nako eo o tla khutsa, etsoe e tla ba nako ea tlokotsi.+

14 “‘Batlang se molemo, eseng se sebe,+ e le hore le ’ne le phele;+ le hore ka tsela ena Jehova Molimo oa mabotho a ka ba le lōna, feela joalokaha le boletse.+ 15 Hloeang se sebe, le rate se molemo,+ ’me le fe toka sebaka hekeng.+ Mohlomong Jehova Molimo oa mabotho o tla bontša mohau+ ho ba setseng ba Josefa.’+

16 “Ka hona sena ke seo Jehova Molimo oa mabotho, Jehova, a se boletseng, ‘Mapatlelong ’ohle ho tla ba le ho bokolla,+ ’me literateng tsohle batho ba tla re: “Jo! Jo!” Ba tla lokela ho bitsa sehoai hore se siame,+ le hore ba nang le phihlelo ea sello ba bokolle.’+ 17 ‘Lirapeng tsohle tsa morara ho tla ba le ho bokolla;+ kaha ke tla feta har’a lōna,’+ ho boletse Jehova.

18 “‘Ho malimabe ba lakatsang letsatsi la Jehova!+ Joale, letsatsi la Jehova le tla bolela eng ho lōna?+ E tla ba lefifi, eseng leseli,+ 19 feela joalokaha motho a baleha ka lebaka la tau, ’me bere e kopana le eena; le joalokaha a kene ka tlung ’me a tšehelitse letsoho la hae ka lebota, ’me noha e mo loma.+ 20 Na letsatsi la Jehova e ke ke ea e-ba lefifi, eseng leseli; ’me na le ke ke la e-ba le botšo, eseng khanya?+ 21 Ke hloile, ke lahlile mekete ea lōna,+ ’me nke ke ka thabela monko oa liboka tsa lōna tse hlomphehang.+ 22 Empa haeba le nyehela ho ’na linyehelo tse feletseng tsa secheso,+ esita le linyehelo tsa lōna tsa limpho nke ke ka khahlisoa ke tsona,+ ’me nke ke ka talima mahlabelo a lōna a kopanetsoeng a liphoofolo tse nontšitsoeng.+ 23 Tlosang ho ’na morusu oa lipina tsa lōna; le molumo oa lipina tsa thoriso oa liletsa tsa lōna tse likhoele e se eka nke ke ka o utloa.+ 24 Toka e ke e hlahe feela joaloka metsi,+ le ho loka joaloka molapo o phoroselang o phallang kamehla.+ 25 Na ke mahlabelo le linyehelo tsa limpho tseo le ileng la li tlisa haufi le ’na lefeelleng ka lilemo tse mashome a mane, Lōna ba ntlo ea Iseraele?+ 26 Ka sebele le tla nka Sakuthe morena oa lōna+ le Kaiwane, litšoantšo tsa lōna, naleli ea molimo oa lōna, eo le iketselitseng eena.+ 27 Ke tla etsa hore le isoe kholehong ka nģ’ane ho Damaseka,’+ ho boletse eena eo lebitso la hae e leng Jehova Molimo oa mabotho.”+

6 “Ho malimabe ba lutseng ka boiketlo+ Sione le ba tšepang thaba ea Samaria! Ke ba hlaheletseng ba karolo e ka sehloohong ea lichaba, ’me ba ntlo ea Iseraele ba tlile ho bona. 2 Tšelelang Kalene, ’me le bone; le tlohe moo le ee Hamathe+ e nang le baahi ba bangata, ’me le theohele Gathe+ ea Bafilista. Na ba molemo ho feta mebuso ee, kapa na sebaka sa bona se seholo ho feta sebaka sa lōna?+ 3 Na le ntša letsatsi la tlokotsi mehopolong ea lōna,+ ’me na le atametsa sebaka sa bolulo sa pefo?+ 4 Lōna ba robalang litulong tse kang bethe tsa manaka a tlou+ le ba thakhallang litulong tsa bona tse kang moalo, le ba jang lipheleu mohlapeng le lipohoana har’a manamane a nontšitsoeng;+ 5 ba binang ho ea ka molumo oa seletsa se likhoele;+ bao, joaloka Davida, ba iqapetseng liletsa bakeng sa pina;+ 6 ba noelang likotlolong tsa veine,+ le ba itlotsang ka oli e ntle ka ho fetisisa,+ le ba sa kang ba kulisoa ke tlokotsi ea Josefa.+

7 “Ka hona joale ba tla ea kholehong ba eteletse pele ba eang kholehong,+ ’me mokete o lerata oa ba thakhaletseng o tla fela.

8 “‘’Musi Morena Jehova o hlapantse ka moea oa hae,’+ ho bolela Jehova Molimo oa mabotho, ‘“ke hloile boikakaso ba Jakobo,+ ’me litora tsa hae tsa bolulo ke li hloile,+ ’me ke tla nehelana ka motse le se tletseng ho oona.+ 9 Haeba ho tla siuoa banna ba leshome ntlong e le ’ngoe, le bona ba tla shoa.+ 10 Mor’abo ntat’ae o tla lokela ho ba nka ka bonngoe, ’me o tla ba chesa ka bonngoe, e le ho ntša masapo ka tlung.+ Ho mang kapa mang ea leng likarolong tse ka hare-hare tsa ntlo o tla lokela ho re, ‘Na ho sa na le ba bang ba nang le uena?’ Ka sebele o tla re, ‘Ha ho le ea mong!’ O tla lokela ho re, ‘Khutsa! Etsoe hase nako ea ho bolela lebitso la Jehova.’”+

11 “‘Etsoe bonang! Jehova oa laela,+ ’me ka sebele o tla liha ntlo e khōlō hore e be likotoana le ntlo e nyenyane hore e be lithako.+

12 “‘Na lipere li tla matha lefikeng, kapa na e mong a ka lema moo ka likhomo? Etsoe le fetotse toka+ hore e be semela se chefo, ’me le fetotse litholoana tsa ho loka hore e be lengana, 13 lōna ba thabelang ntho eo e seng eona;+ le reng: “Na ka matla a rōna ha rea inkela manaka?”+ 14 Bonang! Ke hlahisa sechaba+ khahlanong le lōna, ntlo ea Iseraele,’ ho bolela Jehova Molimo oa mabotho, ‘’me se tla le hatella ho tloha moo ho kenoang teng Hamathe+ ho ea fihla phuleng ea molapo o phoroselang ea Araba.’”

7 Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a ileng a etsa hore ke se bone, ’me, bonang! o ne a etsa sehlopha sa litsie ha ho qala ho hlaha se jaloang hamorao.+ Bonang! E ne e le se jaloang hamorao ka mor’a joang bo kutiloeng ba morena. 2 Eitse ha se qetile ho ja limela tsa naha, ka re: “’Musi Morena Jehova, ka kōpo, tšoarela.+ Ke mang ea tla ema oa Jakobo? Etsoe o monyenyane!”+

3 Jehova a ikutloa a soabile ka lebaka la sena.+ “Ho ke ke ha etsahala,” ho boletse Jehova.

4 Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a ileng a etsa hore ke se bone, ’me, bonang! ’Musi Morena Jehova o ne a bitsa hore ho be le tsekisano a sebelisa mollo;+ oa qala ho chesa boliba bo boholo ’me oa chesa tšimo. 5 Ka re: “’Musi Morena Jehova, ka kōpo, tlohela.+ Ke mang ea tla ema oa Jakobo? Etsoe o monyenyane!”+

6 Jehova a ikutloa a soabile ka lebaka la sena.+ “Seo, le sona, se ke ke sa etsahala,” ho boletse ’Musi Morena Jehova.

7 Sena ke seo a ileng a etsa hore ke se bone, ’me, bonang! Jehova o ne a eme lerakong le entsoeng ka sekitiloto,+ ’me ho ne ho e-na le sekitiloto letsohong la hae. 8 Joale Jehova a re ho ’na: “U bona eng, Amose?” Kahoo ka re: “Sekitiloto.” Jehova a tsoela pele a re: “Bona! ke beha sekitiloto har’a batho ba ka ba Iseraele.+ Nke ke ka hlola ke ba lokolla molatong.+ 9 Ka sebele libaka tse phahameng tsa Isaka+ li tla etsoa lesupi, le lihalalelo+ tsa Iseraele li tla ripitloa;+ ’me ke tla tsohela ntlo ea Jeroboame matla ka sabole.”+

10 Amazia moprista oa Bethele+ a romeletsa ho Jeroboame+ morena oa Iseraele, a re: “Amose o u reretse bolotsana ka har’a ntlo ea Iseraele.+ Naha ha e khone ho mamella mantsoe ’ohle a hae.+ 11 Etsoe sena ke seo Amose a se boletseng, ‘Jeroboame o tla shoa ka sabole; ha e le Iseraele, ruri e tla ea kholehong ho tsoa naheng ea habo eona.’”+

12 Amazia a re ho Amose: “Uena ea bonang lipono,+ tsamaea, u balehele naheng ea Juda, ’me moo u je bohobe, ’me moo u ka profeta. 13 Empa u se ke ua hlola u profeta ka ho eketsehileng+ Bethele, etsoe ke sehalalelo sa morena+ ’me ke ntlo ea ’muso.”

14 Joale Amose a araba ’me a re ho Amazia: “Ke ne ke se moprofeta, kapa hona hore ke ne ke le mora oa moprofeta;+ empa ke ne ke le mohlokomeli oa liphoofolo+ le ea khang lifeiga tsa lifate tsa sikamora. 15 Jehova o ile a ntlosa hore ke se ke ka latela mohlape, ’me Jehova a qala ho re ho ’na, ‘Tsamaea, u profetele batho ba ka ba Iseraele.’+ 16 Joale utloa lentsoe la Jehova, ‘Na u re: “U se ke ua profeta khahlanong le Iseraele,+ ’me u se ke ua lumella lentsoe ho tsoa+ khahlanong le ntlo ea Isaka”? 17 Ka hona sena ke seo Jehova a se boletseng: “Ha e le mosali oa hao, o tla fetoha letekatse motseng.+ Ha e le bara ba hao le barali ba hao, ba tla oa ka sabole. Ha e le naha ea heno, e tla aroloa ka ropo ea ho lekanya. Ha e le uena, u tla shoela naheng e sa hloekang;+ ha e le Iseraele, ruri e tla ea kholehong ho tsoa naheng ea habo eona.”’”+

8 Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a ileng a etsa hore ke se bone, ’me, bonang! ho ne ho e-na le baskete ea litholoana tsa lehlabula.+ 2 Joale a re: “U bona eng,+ Amose?” Kahoo ka re: “Baskete ea litholoana tsa lehlabula.”+ Jehova a tsoela pele a re ho ’na: “Bofelo bo tlile ho batho ba ka ba Iseraele.+ Nke ke ka hlola ke ba lokolla molatong.+ 3 ‘Lipina tsa tempele e tla ba ho bokolla ka letsatsi leo,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova. ‘Ho tla ba le litopo+ tse ngata. Sebakeng se seng le se seng ka sebele motho o tla li lahlela ka ntle—thōla!’

4 “Utloang sena, lōna ba omanyang mofutsana,+ e le hore le felise ba bonolo ba lefatše,+ 5 le re, ‘E tla ba halelele hakae pele khoeli e thoasitseng e feta+ ’me re rekise lijo-thollo?+ Le sabatha,+ ’me re nehelane ka lijo-thollo bakeng sa thekiso; e le ho etsa hore efa e be nyenyane+ le ho etsa hore shekele e be khōlō le ho khopamisa sekala sa thetso;+ 6 e le hore ho ka rekoa batho ba tlaase ka silevera le mofutsana ka theko ea para ea meqathatso, le hore re ka rekisa litlhoka tsa lijo-thollo?’+

7 “Jehova o hlapantse ka Bophahamo ba Jakobo+, ‘Le ka mohla nke ke ka lebala mesebetsi eohle ea bona.+ 8 Na hase ka lebaka lena naha e tlang ho ferekana,+ le moahi e mong le e mong oa eona a tlang ho siama;+ ’me ka sebele, kaofela ha eona, e nyolohe feela joaloka Nile ’me e akhotsoe le ho kokobela joaloka Nile ea Egepeta?’+

9 “‘Ka letsatsi leo,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova, ‘ke tla etsa hore letsatsi le likele motšehare o moholo,+ ’me ke tla etsa hore ho be lefifi naheng motšehare o khanyang. 10 Ke tla fetola mekete ea lōna hore e be ho siama+ le lipina tsohle tsa lōna hore e be koli-ea-malla, ’me ke tla beha lesela la mokotla mathekeng ’ohle le lefatla holim ’a hlooho e ’ngoe le e ’ngoe;+ ’me ke tla etsa hore boemo bo tšoane le ho siamela mora ea mong,+ ’me phello ea bona ea ho qetela e be joaloka letsatsi le bohloko.’

11 “‘Bonang! Matsatsi aa tla,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova, ‘’me ke tla romela tlala naheng, tlala, eseng bakeng sa bohobe, le lenyora, eseng bakeng sa metsi, empa bakeng sa ho utloa mantsoe a Jehova.+ 12 Ka sebele ba tla thekesela ho tloha leoatleng ho ea fihla leoatleng, le ho tloha leboea esita le ho ea bochaba-tsatsi. Ba tla ’ne ba solle ha ba ntse ba batla lentsoe la Jehova, empa ba ke ke ba le fumana.+ 13 Letsatsing leo baroetsana ba batle ba tla akheha, le bahlankana, ka lebaka la lenyora;+ 14 ba hlapanyang ka molato oa Samaria,+ ba re: “Ka molimo oa hao ea phelang, Uena Dane!”+ le, “Ka tsela e phelang ea Beerseba!”+ Ka sebele ba tla oa, ’me ha ba sa tla hlola ba phahama.’”+

9 Ka bona Jehova a eme holim ’a aletare,+ a re: “Otla hlooho ea tšiea, e le hore menyako e tle e reketle. U ba khaole lihlooho, kaofela ha bona.+ Karolo ea ho qetela ea bona ke tla e bolaea ka sabole. Ha ho le ea mong oa bona ea balehang ea tla khona ho baleha, ’me ha ho le ea mong oa bona ea balehang ea tla phonyoha.+ 2 Haeba ba cheka ho kena tlaase Sheole, letsoho la ka le tla ba ntša moo;+ haeba ba nyolohela maholimong, ke tla ba theola moo.+ 3 Haeba ba ipata ka holim ’a Karmele, ke tla ba batlisisa moo ’me ka sebele ke tla ba nka.+ Haeba ba ipatela mahlo a ka fatše leoatleng,+ ke tla laela noha tlaase moo, ’me e tla ba loma. 4 Haeba ba ea kholehong ka pel’a lira tsa bona, ke tla laela sabole moo, ’me e tla ba bolaea;+ ke tla beha mahlo a ka holim ’a bona bakeng sa bobe, eseng bakeng sa molemo.+ 5 ’Musi Morena, Jehova oa mabotho, ke eena Ea amang naha, e le hore e qhibilihe;+ baahi bohle ba ho eona ba tla lokela ho siama;+ ka sebele e tla nyoloha joaloka Nile, kaofela ha eona, ’me e kokobele joaloka Nile ea Egepeta.+

6 “‘Ea hahang litepisi tsa hae maholimong,+ le mohaho oa hae holim ’a lefatše leo a le thehileng;+ ea bitsang metsi a leoatle,+ e le hore a ka a tšollela holim ’a lefatše+—lebitso la hae ke Jehova.’+

7 “‘Na ha le joaloka bara ba Bakushe ho ’na, Lōna bara ba Iseraele?’ ho bolela Jehova. ‘Na ha kea ka ka ntša Iseraele naheng ea Egepeta,+ le Bafilista+ Kreta, le Syria Kire?’+

8 “‘Bonang! Mahlo a ’Musi Morena Jehova a holim ’a ’muso o nang le sebe,+ ’me ka sebele o tla o felisa holim ’a lefatše.+ Leha ho le joalo, nke ke ka felisa ntlo ea Jakobo,’+ ho bolela Jehova. 9 ‘Etsoe, bonang! kea laela, ’me ke tla tsokotsa ntlo ea Iseraele har’a lichaba+ tsohle, feela joalokaha motho a tsokotsa sefe, hoo leha e le lejoana le lechitja le sa oeleng fatše. 10 Ba tla shoa ka sabole—baetsalibe bohle ba batho ba ka,+ ba reng: “Tlokotsi e ke ke ea atamela kapa ea fihla ho rōna.”’+

11 “‘Letsatsing leo ke tla emisa+ lephephe+ la Davida le oeleng,+ ’me ka sebele ke tla lokisa makhalo a bona. Ke tla tsosa lithako tsa lona, ’me ka sebele ke tla le haha joaloka matsatsing a khale,+ 12 e le hore ba ka rua se siiloeng Edomo,+ le lichaba tsohle tseo lebitso la ka le bitsoang ho tsona,’+ ho bolela Jehova, ea etsang sena.

13 “‘Bonang! Matsatsi aa tla,’ ho bolela Jehova, ‘’me molemi o tla fihlela mokotuli,+ ’me ea hatakelang morara, a fihlele mojali oa peō;+ ’me lithaba li tla rotha veine e monate,+ ’me maralla ’ohle a tla qhibiliha.+ 14 Ke tla khutlisa baholehuoa ba batho ba ka ba Iseraele,+ ’me ba tla haha metse e entsoeng lesupi le ho lula ho eona,+ ’me ba leme lirapa tsa morara le ho noa veine ea tsona, ’me ba etse lirapa le ho ja litholoana tsa tsona.’+

15 “‘Ka sebele ke tla ba hloma naheng ea bona, ’me ha ba sa tla hlola ba fotholoa lefatšeng la bona leo ke ba fileng lona,’+ ho boletse Jehova Molimo oa lōna.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela