Nahume
1 Phatlalatso khahlanong le Ninive:+ Buka ea pono ea Nahume Moelkoshe:
2 Jehova ke Molimo ea batlang boinehelo bo khethehileng+ le ea iphetetsang; Jehova oa iphetetsa+ ’me o na le tšekamelo ea ho halefa.+ Jehova o iphetetsa khahlanong le bahanyetsi ba hae,+ ’me o na le khalefo ho lira tsa hae.+
3 Jehova o lieha ho halefa+ ’me o na le matla a maholo,+ Jehova a ke ke a tlohela ho fana ka kotlo.+
Tsela ea hae e moeeng o timetsang le sefefong, ’me leru ke phofo ea maoto a hae.+
4 O khalemela leoatle ka matla,+ ’me oa le omisa; linōka tsohle oa li pshesa.+
Bashane le Karmele li ponne,+ ’me thunthung ea Lebanone e ponne.
5 Lithaba li reketlile ka lebaka la hae, le maralla a ile a qhibiliha.+
Lefatše le tla phahama ka lebaka la sefahleho sa hae; le naha e behang, le bohle ba lulang ho eona.+
6 Ke mang ea ka emang ha a tobane le nyatso ea hae?+ Ke mang ea ka emang khahlanong le bohale ba hae bo tukang?+
Ka sebele khalefo ea hae e tla tšolloa joaloka mollo,+ ’me mafika a tla heletsoa ka lebaka la hae.
7 Jehova o molemo,+ ke qhobosheane+ letsatsing la mahlomola.+
O ela hloko ba batlang setšabelo ho eena.+
8 Ka moroallo o fetang o tla felisa sebaka sa hae+ ka ho tobileng, ’me lefifi le tla lelekisa lira tsa hae.+
9 Le tla nahana eng khahlanong le Jehova?+ O baka pheliso e tobileng.
Mahlomola a ke ke a tsoha ka lekhetlo la bobeli.+
10 Le hoja ba ntse ba rarahana joaloka meutloa+ ’me ba tahiloe joalokaha eka ba tahiloe ke joala ba bona ba koro,+ ka sebele ba tla cha joaloka litlhaka tse omeletseng ka ho feletseng.+
11 Ho uena ho tla tsoa ea nahanang se sebe khahlanong le Jehova,+ ea rerang seo e seng sa bohlokoa.+
12 Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Le hoja ba ne ba le sebōpehong se feletseng ’me ho e-na le ba bangata ba leng boemong boo, esita le boemong boo ba tla lihuoa;+ ’me e mong o tla feta. Ka sebele ke tla u hlorisa, hoo nke keng ka hlola ke u hlorisa.+ 13 Joale ke tla roba joko ea hae e holim ’a hao,+ ’me marapo a holim ’a hao ke tla a khaola likoto tse peli.+ 14 Malebana le uena Jehova o laetse, ‘Ha ho letho la lebitso la hao le sa tla hlola le jaloa.+ Ho tsoa ntlong ea melimo ea hao ke tla felisa setšoantšo se betliloeng le seemahale se entsoeng ka ho qhibilihisoa.+ Ke tla u etsetsa sebaka sa lepato,+ hobane u bile eo e seng oa bohlokoa.’
15 “Bona! Lithabeng maoto a ea tlisang litaba tse molemo, ea phatlalatsang khotso.+ Uena Juda, keteka mekete ea hao.+ Phetha boitlamo ba hao;+ hobane motho leha e le ofe ea se nang molemo ha a sa tla hlola a feta ho uena.+ Ka sebele o tla felisoa kaofela ha hae.”+
2 Ea hasanyang o hlahile ka pel’a sefahleho sa hao.+ Ho ke ho sireletsoe sebaka se etselitsoeng qhobosheane. Lebela tsela. Matlafatsa matheka. Eketsa matla haholo.+
2 Etsoe ka sebele Jehova o tla bokella khanya ea Jakobo,+ joaloka khanya ea Iseraele, hobane ba horulang ba ba horutse;+ ’me letlōbō la bona ba le sentse.+
3 Thebe ea banna ba hae ba matla e fetotsoe ’mala hore e be khubelu; banna ba hae ba mafolofolo ba apere krimsone.+ Koloi ea ntoa e na le mollo oa lintho tse entsoeng ka tšepe letsatsing la ho itokisa ha hae, ’me marumo a sefate sa junipere+ a entsoe hore a thothomele. 4 Likoloi tsa ntoa li ntse li matha ka lebelo literateng.+ Li ntse li mathela holimo le tlaase mapatlelong. Ponahalo ea tsona e joaloka lirumula. Li ntse li matha joaloka mahalima.+
5 O tla hopola ba hlomphehang ba hae.+ Ba tla khoptjoa ho tsamaeeng ha bona.+ Ba tla potlakela lerakong la hae, ’me lerako le thibellang le tla lokela ho tiisoa ka thata. 6 Ka sebele liheke tsa linōka tsa bona li tla buloa, ’me ntlo ea ’muso e tla qhibiliha. 7 Ho se ho tiisitsoe; o hlobolisitsoe; ka sebele o tla nkoa,+ ’me makhabunyane a hae a tla bobola, joaloka molumo oa maeba,+ a ntse a ikotla ka ho pheta-pheta lipelong tsa ’ona.+ 8 Ninive, ho tloha matsatsing ao e bileng teng ka ’ona,+ e ne e le joaloka letamo la metsi;+ empa baa baleha. “Emang! Emang!” Empa ha ho le ea mong ea khutlang.+
9 Tlatlapang silevera; tlatlapang khauta;+ kaha ha ho na tekanyo linthong tse hlophisitsoeng. Ho na le lenane le leholo la lintho tse lakatsehang tsa mefuta eohle.+
10 Ho hloka letho le lefeela, le motse o fetohileng lesupi!+ Pelo ea nyahama,+ le mangole aa tšerema,+ ’me bohloko bo boholo bo mathekeng ’ohle;+ ha e le lifahleho tsa bona kaofela, li bokeletse ho phatsima ha ho feha matšoafo.+ 11 Selao sa litau se hokae, le lehaha la litaoana tse moetse, moo tau e neng e tsamaea le ho kena,+ moo lelinyane la tau le neng le le hona teng, ’me ho se ea neng a etsa hore li thothomele?+ 12 Tau e ne e rusolla ka ho lekaneng bakeng sa malinyane a eona, ’me e ne e fenetha bakeng sa litauhali tsa eona. E ile ea boloka mekoti ea eona e tletse liphofu le libaka tseo e ipatang ho tsona li tletse liphoofolo tse tsekolotsoeng.+
13 “Bona! Ke khahlanong le uena,” ho bolela Jehova oa mabotho,+ “’me ke tla chesa koloi ea hae ea ntoa ka har’a mosi.+ Hape sabole e tla timetsa litaoana tsa hao tse moetse.+ Ke tla tlosa liphofu tsa hao lefatšeng, ’me lentsoe la manģosa a hao ha le sa tla hlola le utluoa.”+
3 Ho malimabe motse oa tšollo ea mali.+ Kaofela o tletse thetso le tlatlapo. Phofu ha e tlohe! 2 Ho na le molumo oa sephali+ le molumo oa ho kotomana ha lebili, le pere e koatolang le koloi e tlōlang.+ 3 Monna oa pere ea palameng, le lelakabe la sabole, le lehalima la lerumo,+ le letšoele la ba bolailoeng, le bongata bo boholo ba litopo; ’me ha ho na moo litopo li fellang teng. Ba ntse ba khoptjoa har’a litopo tsa bona; 4 ka lebaka la liketso tse ngata tsa botekatse tsa letekatse,+ le khahlehang ka botle, nkhekhe ea boloi, le tšoasang lichaba ka liketso tsa lona tsa botekatse le malapa ka boloi ba lona.+
5 “Bona! Ke khahlanong le uena,”+ ho bolela Jehova oa mabotho, “ke tla u koahela sefahleho ka moleka oa liaparo tsa hao, ’me ke tla etsa hore lichaba li bone bofeela ba hao,+ ’me mebuso e bone ho hlompholoha ha hao. 6 Ke tla lahlela lintho tse nyonyehang holim ’a hao,+ ’me ke tla etsa hore u be ea eisehang; ke tla u etsa sebonoang.+ 7 E mong le e mong ea u bonang o tla u balehela+ ’me ka sebele o tla re, ‘Ninive e tlatlapuoe! Ke mang ea tla e utloela bohloko?’ Ke tla u batlela batšelisi hokae? 8 Na u molemo ho feta No-amone,+ e neng e lutse melatsoaneng ea Nile?+ Metsi a ne a e pota-potile ka hohle, eo leruo la eona e neng e le leoatle, eo lerako la eona le neng le tloha leoatleng. 9 Ethiopia e ne e le matla a feletseng a eona, le Egepeta;+ ’me seo e le ntle ho tekanyo. Pute le Balibya ba ne ba u thusa.+ 10 Le eona e ne e reretsoe kholeho; e ile ea ea kholehong.+ Le bana ba eona ba ile ba robakanngoa mateanong a literata tsohle;+ ba lahla lotho+ ka lebaka la banna ba eona ba tlotlisoang, ’me ba baholo ba eona kaofela ba tlamiloe ka litlamo.+
11 “Le uena u tla tahoa;+ u tla fetoha ntho e patiloeng.+ Le uena u tla batla qhobosheane ho sera.+ 12 Libaka tsohle tsa hao tse etselitsoeng liqhobosheane li joaloka lifate tsa feiga tse nang le litholoana tsa pele tse butsoitseng, tseo, ha li hlohloroa, ka sebele li tlang ho oela ka lehanong la ea jang.+
13 “Bona! Batho ba hao ke basali ka hare ho uena.+ Ruri liheke tsa naha ea hao li tla buleloa lira tsa hao. Ka sebele mollo o tla chesa mekoallo ea hao.+ 14 Ikhelle metsi bakeng sa thibello.+ Matlafatsa libaka tsa hao tse etselitsoeng liqhobosheane.+ Kena seretseng, ’me u hatakele letsopa; tšoara foromo ea setene. 15 Esita le moo mollo o tla u chesa. Sabole e tla u felisa.+ E tla u timetsa joaloka mofuta oa litsie.+ Etsa hore palo ea hao e be ngata joaloka mofuta oa litsie; etsa hore palo ea hao e be ngata joaloka litsie. 16 U atisitse bo-rakhoebo ba hao ho feta linaleli tsa leholimo.+
“Ha e le mofuta oa litsie, o hlobola lesola la oona; joale oa fofa. 17 Balebeli ba hao ba joaloka litsie, ’me balaoli ba hao ba thaothang ba joaloka sehlopha sa litsie. Ba hlomme liahelo masakeng a majoe letsatsing le batang. Letsatsi le chaba feela, ’me ka sebele baa baleha; sebaka sa bona ha se tsejoe moo ba leng teng.+
18 “Balisa ba hao baa otsela,+ Uena morena oa Assyria; ba hlomphehang ba hao ba lula libakeng tsa bona tsa bolulo.+ Sechaba sa hao se hasantsoe lithabeng, ’me ha ho ea se bokellang.+ 19 Ha ho phomolo bakeng sa tlokotsi ea hao. Leqeba la hao le fetohile le sa foleng.+ Ka sebele bohle ba utloang tlaleho e mabapi le uena ba tla u opela liatla;+ hobane ke ho mang moo bobe ba hao bo sa kang ba feta kamehla?”+