Habakuke
1 Phatlalatso eo moprofeta Habakuke a ileng a e bona: 2 Jehova, ke tla hoeletsa halelele hakae ho kōpa thuso, ’me u sa utloe?+ Ke tla hoeletsa halelele hakae ho uena ho kōpa thuso pefong, ’me u sa pholose?+ 3 Ke hobane’ng ha u etsa hore ke bone se kotsi, ’me u ntse u talima khathatso feela? Ke hobane’ng ha tlatlapo le pefo li le ka pel’a ka, hape ke hobane’ng ha qabang e e-ba teng, ’me ke hobane’ng ha tsekisano e ntšetsoa pele?+
4 Ka hona molao o felloa ke matla, ’me toka ha ho mohla e tsoang.+ Hobane ea khopo o teetse ea lokileng hare, ka lebaka leo toka e tsoa e khopame.+
5 “Bonang, har’a lichaba, ’me le talime, ’me le shebane ka ho makala.+ Makalang; kaha ho na le mosebetsi oo e mong a o etsang matsatsing a lōna, oo le ke keng la o lumela le hoja o phetoa.+ 6 Etsoe bonang! ke hlahisa Bakalde,+ sechaba se sehlōhō le se bohale, se eang libakeng tsa lefatše tse bulehileng ka ho pharaletseng e le hore se rue libaka tsa bolulo tseo e seng tsa sona.+ 7 Sea tšabeha ’me sea tšosa. Toka ea sona le ho hlompheha ha sona li tsoa ho sona.+ 8 Lipere tsa sona li lebelo ho feta mangau, ’me li bohale ho feta liphiri+ tsa shoalane. Lipere tsa sona tsa ntoa li ’nile tsa tila fatše, ’me lipere tsa sona tsa ntoa li tsoa hōle haholo. Li fofa joaloka ntsu e potlaketseng ho ja ho hong.+ 9 Kaofela ha sona se tlela pefo+ feela. Ho bokana ha lifahleho tsa sona ho joaloka moea oa bochabela,+ ’me se bokella baholehuoa feela joaloka lehlabathe. 10 Se soma marena, ’me balaoli ba phahameng ke ho hong ho se tšehisang.+ Se tšeha esita le sebaka se seng le se seng se etselitsoeng qhobosheane,+ ’me se bokella lerōle le ho se hapa. 11 Ka nako eo ka sebele se tla leba pele joaloka moea ’me se tla feta ’me se be molato.+ Matla a sona a teng ka lebaka la molimo+ oa sona.”
12 Na ha ua ba teng ho tloha khale, Jehova?+ Molimo oa ka, Mohalaleli oa ka, ha u shoe.+ Jehova, u se behile bakeng sa kahlolo; ’me, Uena Lefika,+ u se thehile bakeng sa khalemelo.+
13 Mahlo a hao a hloekile haholo hore u ka talima se sebe; ’me ha u khone ho talima khathatso.+ Ke hobane’ng ha u talima ba sebetsang ka bolotsana,+ hore u khutse ha ea khopo a metsa ea lokileng ho mo feta?+ 14 Ke hobane’ng ha u etsa motho oa lefatše joaloka litlhapi tsa leoatle, joaloka lihahabi tseo ho seng ea busang holim ’a tsona?+ 15 Tsena tsohle o li nyolotse ka selope;+ o li hula ka letlooa la hae le huloang, ’me o li bokella ka letlooeng la hae la ho tšoasa litlhapi.+ Ke ka lebaka leo a thabileng ’me a nyakaletseng.+ 16 Ke ka lebaka leo a nyehelang sehlabelo ho letlooa la hae le huloang ’me a etsetsang letlooa la hae la ho tšoasa litlhapi mosi oa sehlabelo; etsoe ka tsona kabelo ea hae e na le oli e ngata, ’me lijo tsa hae li phelisa hantle.+ 17 Na ke ka lona lebaka leo a tlang ho tšolla letlooa la hae le huloang, ’me na o lokela ho bolaea lichaba kamehla, a sa bontše qenehelo?+
2 Ke tla ’ne ke eme+ sebakeng sa ka sa ho lebela, ’me ke tla ’ne ke eme holim ’a lerako la tšireletso; ke tla lula ke lebetse,+ ho bona seo a tla se bua ka ’na+ le seo ke tla araba ka sona ha ke khalemeloa.+
2 Jehova a nkaraba ’me a re: “Ngola pono ena fatše, ’me u e betle ka ho hlakileng holim ’a mamatjana,+ e le hore ea e ballang holimo a ka etsa joalo ka mokhoa o phollatsi.+ 3 Etsoe pono ena e sa ntse e le bakeng sa nako e behiloeng,+ e ntse e potlakela bofelong, ’me e ke ke ea bolela leshano. Esita le haeba e ka lieha, u lule u e lebeletse; kaha ruri e tla phethahala.+ E ke ke ea siuoa ke nako.
4 “Bonang! Moea oa hae o hohomohile;+ ha oa otloloha ka hare ho eena. Empa ha e le ea lokileng, o tla ’ne a phele ka botšepehi ba hae.+ 5 Ka sebele, kahobane veine e sebetsa ka bolotsana,+ monna ea shahlileng o ikhopola ho tlōla;+ ’me a ke ke a finyella pakane+ ea hae, ea entseng hore moea oa hae o be moholo feela joaloka Sheole, le ea joaloka lefu ’me a ke ke a khotsofala.+ O ntse a ipokellela lichaba tsohle le ho phuthela ho eena lichaba tsohle.+ 6 Na tsona tsee, kaofela ha tsona, li ke ke tsa bua khahlanong le eena polelo ea maele+ le polelo e sa tobang, li bue lilotho ka eena? E mong o tla re,
“‘Ho malimabe ea atisang seo e seng sa hae+—halelele hakaakang!+—le ea etsang hore molato o be boima khahlanong le eena! 7 Na ba batlang phaello ho uena ba ke ke ba ema ka tšohanyetso, le ba u sisinyang ka mabifi ba tsohe, ’me ho bona ka sebele u fetohe ho hong ho nkoang ka mahahapa?+ 8 Kahobane u ile ua tlatlapa lichaba tse ngata, bohle ba setseng ba lichaba ba tla u tlatlapa,+ ka lebaka la ho tšolloa ha mali a moloko oa batho le pefo lefatšeng, motseng le ho bohle ba lulang ho oona.+
9 “‘Ho malimabe ea fumanang phaello ea bobe bakeng sa ntlo ea hae,+ e le hore a ka beha sehlaha sa hae moo ho phahameng, e le hore a lopolloe ho tsepareloeng ke tlokotsi!+ 10 U reretse ntlo ea hao ntho e hlabisang lihlong, ho timetsoa ha lichaba tse ngata;+ ’me moea oa hao o etsa sebe.+ 11 Etsoe ho tsoa lerakong lejoe le tla hoeletsa ka ho utloa bohloko, ’me ho tsoa linthong tse entsoeng ka lehong, leballo le tla le araba.+
12 “‘Ho malimabe ea hahang motse ka tšollo ea mali, le eo ka ho se loke a tiisitseng motse ka mokhoa o tsepameng!+ 13 Bonang! Na ha ho tsoe ho Jehova oa mabotho hore batho ba sehlele mollo feela, le hore lichaba li ikhathaletse lefeela?+ 14 Etsoe lefatše le tla tlala ho tseba khanya ea Jehova joalokaha metsi a koahela leoatle.+
15 “‘Ho malimabe ea fang metsoalle ea hae se nooang, ea se tlatselletsang ka khalefo le bohale ba hao, e le ho etsa hore ba tahoe,+ ka morero oa ho talima litho tsa bona tse hlabisang lihlong.+ 16 Ka sebele u tla khorisoa haholo ka ho hlompholoha ho e-na le thoriso.+ Le uena noa,+ ’me u nkoe u le ea sa bollang.+ Senoelo sa letsoho le letona la Jehova se tla fihla ho uena,+ ’me ho tla ba le nyeliso holim ’a thoriso ea hao; 17 hobane pefo e entsoeng ho Lebanone+ ke sona se tlang ho u koahela, le meharo holim ’a liphoofolo e li tšosang, ka lebaka la ho tšolloa ha mali a moloko oa batho le pefo e entsoeng lefatšeng,+ motseng le ho bohle ba lulang ho oona.+ 18 Setšoantšo se betliloeng se bile le molemo ofe,+ ha moetsi oa sona a se betlile, seemahale se entsoeng ka ho qhibilihisoa, le morupeli oa leshano?+ ha moetsi oa sebōpeho sa sona a se tšepile,+ ho isa tekanyong ea ho etsa melimo ea lefeela e sa khoneng ho bua?+
19 “‘Ho malimabe ea reng ho sekoto sa lehong: “Tsoha!” ho lejoe le sa tsebeng ho bua: “Tsoha! Se tla fana ka thupelo”!+ Bonang! Se koahetsoe ka khauta le silevera,+ ’me ho hang ha ho phefumoloho ka hare ho sona.+ 20 Empa Jehova o ka tempeleng ea hae e halalelang.+ Khutsa ka pel’a hae, lefatše lohle!’”+
3 Thapelo ea moprofeta Habakuke ka lipina tsa koli-ea-malla: 2 Jehova, ke utloile tlaleho e mabapi le uena.+ Jehova ke tšohile ka lebaka la mosebetsi oa hao.+
Bohareng ba lilemo u ke u o phelise! Bohareng ba lilemo e se eka u ka o tsebahatsa. Nakong ea pherekano, e se eka u ka hopola ho bontša mohau.+
3 Molimo o tlile a tsoa Temane, Ea Halalelang a tsoa Thabeng ea Parane.+ Seʹlah.+
Ho hlompheha ha hae ho ile ha koahela maholimo;+ ’me lefatše la tlala thoriso ea hae.+
4 Ha e le khanya ea hae, e ile ea e-ba feela joaloka leseli.+ O ne a e-na le mahlaseli a mabeli a tsoang letsohong la hae, ’me matla a hae a ne a ipatile moo.+
5 Lefu la seoa le ne le ntse le tsamaea ka pel’a hae,+ le feberu e chesang e ne e tsamaea maotong a hae.+
6 O ile a ema a sa sisinyehe, e le hore a ka sisinya lefatše.+ O ile a bona, joale a etsa hore lichaba li tlōle.+
Lithaba tsa ka ho sa feleng li ile tsa thuhakanngoa;+ maralla a hlolang ka nako e sa lekanyetsoang a inama.+ Metsamao ea khale ke ea hae.
7 Tlas’a se kotsi ke ile ka bona litente tsa Kushane. Masela a litente tsa naha ea Midiane+ a ile a qala ho tsukutleha.+
8 Na ke khahlanong le linōka, Jehova, na ke khahlanong le linōka bohale ba hao bo tukang,+ kapa na khalefo ea hao e khahlanong le leoatle?+ Etsoe u ile ua qala ho palama lipere tsa hao;+ likoloi tsa hao e ne e le poloko.+
9 Seqha sa hao se koaholloa hore se be feela.+ Likano tse hlapanyelitsoeng tsa meloko ke ntho e boletsoeng.+ Seʹlah. U ile ua qala ho arola lefatše ka linōka.+
10 Lithaba li ile tsa u bona; tsa e-ba bohlokong bo boholo.+ Metsi a pula ea lialuma a ile a feta. Boliba ba ntša molumo+ oa bona. Ba phahamisetsa matsoho a bona phahameng.
11 Letsatsi—khoeli—tsa ema tsi!+ libakeng tsa tsona tsa bolulo tse phahameng.+ Metsu ea hao ea ’na ea tsoa joaloka leseli.+ Ho halima ha lerumo la hao ea e-ba khanya.+
12 Ua qala ho pholletsa le lefatše ka nyatso. Ua qala ho pola lichaba+ ka bohale.
13 Hape u ile ua tsamaea bakeng sa poloko ea batho ba hao,+ ho pholosa motlotsuoa oa hao. Ea ka sehloohong ho tsoa ntlong ea ea khopo u ile ua mo roba likoto.+ Motheo o pepesitsoe, ho ea fihla holimo molaleng.+ Seʹlah.
14 Ka melamu ea hae u hlabile+ lihlooho tsa bahlabani ba hae ha ba tsamaea joaloka moea o matla oa sefefo ho nkhasanya.+ Nyakallo ea bona e fetisisang e ne e le joaloka ea ba ikemiselitseng ho harola ea hlorileng sebakeng se patehileng.+
15 U ile ua hatakela ka lipere tsa hao ho pholletsa le leoatle, ho pholletsa le qubu ea metsi a mangata.+
16 Ke ile ka utloa, ’me mpa ea ka ea qala ho lubeha; molomo oa ka oa thothomela ka lebaka la molumo oo; ho bola ha qala ho kena masapong a ka;+ ’me boemong ba ka ke ne ke ferekane, hore ke lokela ho letela ka khutso letsatsi la mahlomola,+ bakeng sa ho tla ha hae ho batho,+ e le hore a ka ba futuhela.
17 Le hoja sefate sa feiga se ke ke sa thunya,+ ’me lifate tsa morara li ke ke tsa beha litholoana; mosebetsi oa sefate sa mohloaare o ka ’na oa fella ka ho hlōleha, ’me masimo a ka ’na a se ke a hlahisa lijo;+ mohlape oa likhutšoane o ka ’na oa tlosoa lesakeng, ’me ho ka ’na ha se ke ha e-ba le mohlape oa liphoofolo tse khōlō ka masakeng;+
18 Empa leha ho le joalo, ha e le ’na, ke tla ithabela ho Jehova;+ ke tla inyakallela ho Molimo oa poloko ea ka.+
19 Jehova ’Musi Morena ke mafolofolo a ka;+ ’me o tla etsa hore maoto a ka a be joaloka a likhama tse tšehali,+ hape o tla etsa hore ke hate holim ’a libaka tsa ka tse phahameng.+
Ho motsamaisi ka liletsa tsa ka tse likhoele.