Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • bi12 Haggai 1:1-2:23
  • Hagai

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hagai
  • Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
Hagai

Hagai

1 Ka selemo sa bobeli sa Morena Dariuse,+ ka khoeli ea botšelela, ka letsatsi la pele la khoeli, lentsoe la Jehova la hlaha ka moprofeta Hagai+ le e-ea ho Zorobabele+ mora oa Shalatiele,+ ’musisi oa Juda,+ le ho moprista ea phahameng Joshua+ mora oa Jozadake,+ le re:

2 “Sena ke seo Jehova oa mabotho+ a se boletseng, ‘Ha e le batho bana, ba itse: “Nako ha e e-s’o fihle, nako ea hore ntlo ea Jehova e hahuoe.”’”+

3 Lentsoe la Jehova la boela la tla ka moprofeta Hagai, la re: 4 “Na ke nako ea hore le lule matlong a lōna a manehiloeng ka mapolanka,+ ha ntlo ena e le lesupi?+ 5 Joale sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng, ‘Behang lipelo tsa lōna litseleng tsa lōna.+ 6 Le jetse peō e ngata, empa ho tlisoa ho honyenyane.+ Hoa jeoa, empa eseng ho fihlela ho khotšoe.+ Hoa nooa, empa eseng ho fihlela ho tahiloe. Ho aparoa liaparo, empa eseng hore ho be le mang kapa mang ea futhumalang; ’me ea ikhirisang o ikhirisa bakeng sa mokotla o nang le masoba.’”+

7 “Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng, ‘Behang lipelo tsa lōna litseleng tsa lōna.’+

8 “‘Nyolohelang thabeng, ’me le tlise lifate tse remiloeng.+ Le hahe ntlo,+ e le hore ke khahlisoe ke eona+ le hore ke tlotlisoe,’+ ho boletse Jehova.”

9 “‘Ho ne ho batloa ho hongata, empa bonang! ho ne ho e-na le ho honyenyane+ feela; ’me le ho kentse ka tlung ena, ’me ke ile ka ho butsoela+—ka lebaka lefe?’+ ho bolela Jehova oa mabotho. ‘Ka lebaka la ntlo ea ka eo e leng lesupi, ha e mong le e mong oa lōna a ntse a matha molemong oa ntlo ea hae.+ 10 Ka hona maholimo a ile a thiba phoka ea ’ona ka lebaka la lōna, ’me lefatše la thiba lihlahisoa tsa lona.+ 11 Ka ’na ka bitsa hore ho be le komello lefatšeng, le lithabeng, le ho lijo-thollo, le ho veine e ncha,+ le ho oli, le ho seo mobu o neng o tla se hlahisa, le ho motho oa lefatše, le ho phoofolo e ruuoang, le ho sehleng hohle ha matsoho.’”+

12 Zorobabele+ mora oa Shalatiele, le moprista ea phahameng Joshua mora oa Jozadake,+ le bohle ba setseng ba sechaba ba qala ho mamela lentsoe la Jehova Molimo+ oa bona, le mantsoe a moprofeta Hagai,+ joalokaha Jehova Molimo oa bona a ne a mo romile; ’me batho ba qala ho tšoha ka lebaka la Jehova.+

13 Hagai lenģosa+ la Jehova a tsoela pele ho bua le batho ho ea ka thōmo ea lenģosa e tsoang ho Jehova,+ a re: “‘Ke na le lōna,’+ ho bolela Jehova.”

14 Jehova a tsosa moea+ oa Zorobabele mora oa Shalatiele, ’musisi oa Juda, le moea oa moprista ea phahameng Joshua+ mora oa Jozadake, le moea oa bohle ba setseng ba sechaba; ’me ba qala ho kena le ho etsa mosebetsi ka tlung ea Jehova oa mabotho Molimo+ oa bona. 15 E ne e le ka letsatsi la mashome a mabeli a metso e mene la khoeli ea botšelela selemong sa bobeli sa Morena Dariuse.+

2 Ka khoeli ea bosupa,+ ka letsatsi la mashome a mabeli a motso o mong la khoeli, lentsoe la Jehova la hlaha ka moprofeta Hagai,+ le re: 2 “Ka kōpo, bua le Zorobabele+ mora oa Shalatiele,+ ’musisi oa Juda,+ le moprista ea phahameng Joshua+ mora oa Jozadake,+ le ba setseng ba sechaba, u re, 3 ‘Ke mang har’a lōna ea setseng ea boneng ntlo ena khanyeng ea eona ea pele?+ Le e bona joang hona joale? Ha e bapisoa le eo, na hase lefeela mahlong a lōna?’+

4 “‘Empa joale e-ba matla, Uena Zorobabele,’ ho bolela Jehova, ‘’me u be matla,+ Uena moprista ea phahameng Joshua mora oa Jozadake.’

“‘Le be matla, lōna batho bohle ba naha,’ ho bolela Jehova, ‘’me le sebetse.’+

“‘Etsoe ke na le lōna,’+ ho bolela Jehova oa mabotho. 5 ‘Hopolang ntho eo ke ileng ka lumellana le lōna ka eona ha le ne le tsoa Egepeta,+ le ha moea+ oa ka o ne o eme har’a lōna. Le se ke la tšoha.’”+

6 “Etsoe sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng, ‘Hang hape—ka mor’a nakoana e seng kae+—’me ke sisinya maholimo le lefatše le leoatle le mobu o omileng.’+

7 “‘Ke tla sisinya lichaba tsohle, ’me lintho tse lakatsehang tsa lichaba tsohle li tla kena;+ ’me ke tla tlatsa ntlo ena ka khanya,’+ ho boletse Jehova oa mabotho.

8 “‘Silevera ke ea ka, le khauta ke ea ka,’+ ho bolela Jehova oa mabotho.

9 “‘Khanya ea ntlo ena ea morao e tla ba khōlō ho feta ea ea pele,’+ ho boletse Jehova oa mabotho.

“‘Sebakeng sena ke tla fana ka khotso,’+ ho bolela Jehova oa mabotho.”

10 Ka letsatsi la mashome a mabeli a metso e mene la khoeli ea borobong, ka selemo sa bobeli sa Dariuse, lentsoe la Jehova la hlaha ho moprofeta Hagai,+ le re: 11 “Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng, ‘Ka kōpo, botsa baprista mabapi le molao,+ u re: 12 “Haeba motho a beha nama e halalelang molekeng oa seaparo sa hae, ’me ka moleka oa seaparo sa hae a ama bohobe kapa sechu kapa veine kapa oli kapa lijo tsa mofuta leha e le ofe, na li tla halalela?”’”+

Baprista ba araba ’me ba re: “Che!”

13 Hagai a tsoela pele ho re: “Haeba e mong ea sa hloekang ka lebaka la moea o shoeleng a ama leha e le efe ea lintho tsena, na e tla silafala?”+

Eaba baprista baa araba ’me ba re: “E tla silafala.”

14 Tumellanong le hoo Hagai a araba ’me a re: “‘Ke kamoo batho bana ba leng kateng, ’me ke kamoo sechaba sena se leng kateng ka pel’a ka,’+ ho bolela Jehova, ‘’me ke kamoo mosebetsi oohle oa matsoho a bona o leng kateng, le eng kapa eng eo ba e hlahisang moo. Ha ea hloeka.’+

15 “‘Empa joale, ka kōpo, behang lipelo+ tsa lōna ho sena ho tloha letsatsing lena ho ea pele, pele lejoe le behoa ka tempeleng ea Jehova,+ 16 ho tloha ha lintho tseo li ne li etsahala—e mong o ile a fihla qubung ea litekanyo tse mashome a mabeli, ’me e ne e le tse leshome; e mong o ile a tla sekhakeletsing sa sehatelo ho kha litekanyo tse mashome a mahlano tsa bate ea veine, ’me e ne e le tse mashome a mabeli;+ 17 ke ile ka le otla ka komello+ le ka phori+ le ka sefako,+ esita le mosebetsi oohle oa matsoho+ a lōna, ’me ho ne ho se ea nang le lōna ea retelehelang ho ’na,’+ ho bolela Jehova—

18 “‘Ka kōpo, behang lipelo+ tsa lōna ho sena ho tloha ka letsatsi lena ho ea pele, ho tloha ka letsatsi la mashome a mabeli a metso e mene la khoeli ea borobong, ho tloha ka letsatsi leo ka lona motheo oa tempele ea Jehova o ileng oa behoa;+ behang lipelo tsa lōna ho sena: 19 Na ho sa ntse ho e-na le peō ka sekoting+ sa lijo-thollo? Hajoale, sefate sa morara le sefate sa feiga le sefate sa likharenate le sefate sa mohloaare—ha sea beha, na ha ho joalo? Ho tloha letsatsing lena ke tla fana ka tlhohonolofatso.’”+

20 Lentsoe la Jehova la tsoela pele ho hlaha ka lekhetlo la bobeli ho Hagai+ ka letsatsi la mashome a mabeli a metso e mene la khoeli,+ le re: 21 “E-re ho Zorobabele ’musisi oa Juda,+ ‘Ke sisinya maholimo le lefatše.+ 22 Ka sebele ke tla liha terone ea mebuso le ho felisa matla a mebuso ea lichaba;+ ke tla liha koloi le bapalami ba eona, ’me ka sebele lipere le bapalami ba tsona ba tla lihuoa,+ e mong le e mong ke sabole ea mor’abo.’”+

23 “‘Ka letsatsi leo,’ ho bolela Jehova oa mabotho, ‘ke tla u nka, Uena Zorobabele+ mora oa Shalatiele,+ mohlanka oa ka,’ ho bolela Jehova; ‘ka sebele ke tla u beha joaloka lesale la tiiso,+ hobane ke uena eo ke mo khethileng,’+ ho bolela Jehova oa mabotho.”+

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela