Zakaria
1 Ka khoeli ea borobeli selemong sa bobeli sa Dariuse+ lentsoe la Jehova la hlaha ho moprofeta Zakaria+ mora oa Berekia mora oa Ido,+ la re: 2 “Jehova o ile a halefela bo-ntat’a lōna—haholo.+
3 “U tla re ho bona, ‘Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng: “‘Khutlelang ho ’na,’+ ho bolela Jehova oa mabotho, ‘’me ke tla khutlela ho lōna,’+ ho boletse Jehova oa mabotho.”’
4 “‘Le se ke la tšoana le bo-ntat’a lōna+ bao baprofeta ba pele ba ileng ba ba bitsa,+ ba re: “Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng, ‘Ka kōpo, khutlang litseleng tsa lōna tse mpe le mesebetsing ea lōna e mebe.’”’+
“‘Empa ha baa ka ba mamela, ’me ha baa ka ba nkela hloko,’+ ho bolela Jehova.
5 “‘Ha e le bo-ntat’a lōna, ba hokae?+ Ha e le baprofeta,+ na ba ile ba tsoela pele ho phela ho isa nakong e sa lekanyetsoang? 6 Leha ho le joalo, mabapi le mantsoe a ka le melao ea ka ea tsamaiso eo ke e laetseng bahlanka ba ka, baprofeta,+ na ha aa fella ka bobe ho bo-ntat’a lōna?’+ Kahoo ba ile ba khutla ’me ba re: ‘Ho ea ka seo Jehova oa mabotho a neng a hopotse ho se etsa ho rōna,+ ho ea ka litsela tsa rōna le ho ea ka mesebetsi ea rōna, ke kamoo a re entseng kateng.’”+
7 Ka letsatsi la mashome a mabeli a metso e mene la khoeli ea leshome le motso o mong, ke hore, khoeli ea Shebate, selemong sa bobeli sa Dariuse,+ lentsoe la Jehova la hlaha ho moprofeta Zakaria+ mora oa Berekia mora oa Ido,+ la re: 8 “Ke ile ka talima bosiu, ’me, bonang! monna+ ea palameng pere e khubelu,+ o ne a eme a sa sisinyehe har’a lifate tsa myrte + tse neng li le sebakeng se tebileng; ’me ka mor’a hae ho ne ho e-na le lipere tse khubelu, tse bofubelu bo khanyang, le tse tšoeu.”+
9 Kahoo ka re: “Ke bo-mang baa, moren ’a ka?”+
Eaba lengeloi le neng le bua le ’na le re+ ho ’na: “Ke tla u bontša hore na bana ke bo-mang.”
10 Joale monna ea neng a eme a sa sisinyehe har’a lifate tsa myrte a araba ’me a re: “Bana ke bao Jehova a ba rometseng ho tsamaea hohle lefatšeng.”+ 11 Eaba ba araba lengeloi la Jehova le neng le eme har’a lifate tsa myrte le ho re: “Re tsamaile hohle lefatšeng,+ ’me, bona! lefatše lohle le lutse le khutsitse le se na khathatso.”+
12 Kahoo lengeloi la Jehova la araba ’me la re: “Jehova oa mabotho, ke halelele hakae u ke keng ua bontša mohau ho Jerusalema le ho metse ea Juda,+ eo u e nyatsitseng lilemong tsena tse mashome a supileng?”+
13 Jehova a araba lengeloi le neng le bua le ’na, ka mantsoe a molemo, mantsoe a tšelisang;+ 14 ’me lengeloi le neng le bua le ’na la tsoela pele ho re ho ’na: “Hoeletsa, u re, ‘Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng: “Ke ’nile ka boulella Jerusalema le Sione ka poulelo e khōlō.+ 15 Ka khalefo e khōlō ke halefetse lichaba tse lutseng ka boiketlo;+ hobane ke ile ka halefa ho isa tekanyong e nyenyane feela,+ empa ba ile ba thusa mabapi le tlokotsi.”’+
16 “Ka hona sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng, ‘“Ka sebele ke tla khutlela Jerusalema ka mehauhelo.+ Ntlo ea ka e tla hahuoa teng,”+ ho bolela Jehova oa mabotho, “’me khoele ea ho lekanya e tla otlolloa holim ’a Jerusalema.”’+
17 “Hoeletsang ka ho eketsehileng, le re: ‘Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng: “Metse ea ka e sa tla khaphatseha ka molemo;+ ka sebele Jehova o sa tla ikutloa a soabile ka lebaka la Sione+ ’me o sa tla khetha Jerusalema.”’”+
18 Ka phahamisa mahlo ’me ka talima; bonang! ho ne ho e-na le linaka tse ’nè.+ 19 Kahoo ka re ho lengeloi le neng le bua le ’na: “Ke ling tsee?” Lona la re ho ’na: “Ke linaka tse ileng tsa qhalakanya Juda,+ Iseraele+ le Jerusalema.”+
20 Ho feta moo, Jehova a mpontša litsebi tsa mesebetsi ea matsoho tse ’nè. 21 Eaba ke re: “Tsee li tlil’o etsa’ng?”
A tsoela pele ho re: “Ke linaka+ tse ileng tsa qhalakanya Juda ho isa tekanyong ea hore ho hang ho se ke ha e-ba le ea mong ea phahamisang hlooho; ’me tsena tse ling li tla etsa hore li thothomele, li lahlele fatše linaka tsa lichaba tse phahamisang lenaka khahlanong le naha ea Juda, bakeng sa ho e qhalakanya.”+
2 Ka phahamisa mahlo ka talima; ’me, bonang! ho ne ho e-na le monna, ’me letsohong la hae a e-na le ropo ea ho lekanya.+ 2 Kahoo ka re: “U ea hokae?”
Eaba o re ho ’na: “Ho ea lekanya Jerusalema, e le hore ke bone hore na bophara ba eona bo bokae le hore na bolelele ba eona bo bokae.”+
3 Bonang! Lengeloi le neng le bua le ’na le ne le tsamaea, ’me ho ne ho e-na le lengeloi le leng le neng le tloha ho ea le khahlanyetsa. 4 Joale la re ho lona: “Matha, u bue le mohlankana eane, u re, ‘“Joaloka naha e ka thōko e sabaletseng, Jerusalema e tla ba le baahi,+ ka lebaka la letšoele la batho le liphoofolo tse ruuoang tse leng ka har’a eona.+ 5 ’Na,” ho bolela Jehova, “ke tla fetoha ho eona lerako la mollo le pota-potileng ka hohle,+ ’me ke tla fetoha khanya ka har’a eona.”’”+
6 “Helang! Helang! Joale, balehang naheng ea leboea,”+ ho bolela Jehova.
“Etsoe ke le hasantse hohle ka nģ’a meea e mene ea leholimo,”+ ho bolela Jehova.
7 “Hela, Sione!+ Baleha, uena ea lulang le morali oa Babylona.+ 8 Etsoe sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng, ‘Ka mor’a khanya+ o nthometse ho lichaba tse neng li le tlatlapa;+ kaha ea le amang+ o ama leihlo la ka.+ 9 Etsoe bonang! ke tsoka letsoho la ka khahlanong le bona,+ ’me ho makhoba a bona ba tla lokela ho fetoha thepa e hapuoeng.’+ Ka sebele le tla tseba hore Jehova oa mabotho o nthomile.+
10 “Hoeletsa ka lentsoe le phahameng ’me u thabe, Uena morali oa Sione;+ etsoe bona! kea tla,+ ’me ke tla lula ka hare ho uena,”+ ho bolela Jehova. 11 “Ka sebele lichaba tse ngata li tla kopanngoa le Jehova letsatsing leo,+ ’me li tla fetoha batho ba ka;+ ’me ke tla lula ka hare ho uena.” U tla lokela ho tseba hore Jehova oa mabotho o nthomile ho uena.+ 12 Ka sebele Jehova o tla rua Juda e le kabelo ea hae holim ’a mobu o halalelang,+ ’me o sa ntse a tla khetha Jerusalema.+ 13 Khutsa, nama eohle, ka pel’a Jehova,+ etsoe o tsohile+ sebakeng sa hae sa bolulo se halalelang.+
3 A mpontša moprista ea phahameng Joshua+ a eme ka pel’a lengeloi la Jehova, ’me Satane+ a eme ka letsohong la hae le letona e le hore a mo hanyetse.+ 2 Joale [lengeloi+ la] Jehova la re ho Satane: “Jehova a u khalemele ka matla,+ Uena Satane, e, Jehova a u khalemele ka matla, eena ea khethang Jerusalema!+ Na enoa hase lefatsa le hloibitsoeng mollong?”+
3 Joale ha e le Joshua, o ne a apere liaparo tse silafetseng+ ’me a eme ka pel’a lengeloi. 4 Joale la araba ’me la re ho ba emeng ka pel’a lona: “Mo hloboliseng liaparo tse silafetseng.” La tsoela pele ho re ho eena: “Bona, ke felisitse phoso ea hao ho uena,+ ’me u apesoa liaparo tse telele tsa ka holimo tsa maemo.”+
5 Eaba ke re: “E-re ba mo roese tuku e hloekileng hloohong.”+ Ba mo roesa tuku e hloekileng hloohong ’me ba mo apesa liaparo; ’me lengeloi la Jehova le ne le eme haufi. 6 Lengeloi la Jehova la qala ho pakela Joshua, la re: 7 “Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng, ‘Haeba u tla tsamaea litseleng tsa ka, haeba u tla boloka mosebetsi oa ka,+ joale u tla boela u ahlole ba ntlo+ ea ka ’me u boloke mabala a ka; ’me ka sebele ke tla u fa bolokolohi ba ho kena har’a bana ba emeng haufi.’
8 “‘Ka kōpo, utloa Uena moprista ea phahameng Joshua, uena le metsoalle ea hao e lutseng ka pel’a hao, kaha ke banna ba sebeletsang e le limakatso;+ etsoe bona! ke tlisa mohlanka+ oa ka Lehlōmela!+ 9 Etsoe, bona! lejoe+ leo ke le behileng ka pel’a Joshua! Holim ’a lejoe le leng ho na le mahlo a supileng.+ Bona! ke ngola mongolo oa lona o fatiloeng,’+ ho bolela Jehova oa mabotho, ‘’me ke tla tlosa phoso ea naha eo ka letsatsi le le leng.’+
10 “‘Ka letsatsi leo,’ ho bolela Jehova oa mabotho, ‘le tla hoeletsana, ha le ntse le le ka tlas’a sefate sa morara le ha le ntse le le ka tlas’a sefate sa feiga.’”+
4 Lengeloi le neng le bua le ’na la khutla ’me la ntsosa, joaloka motho ea tsosoang borokong.+ 2 Joale la re ho ’na: “U bona’ng?”+
Kahoo ka re: “Ke talimile, ’me, bona! ho na le seluloana sa lebone, kaofela ha sona ke khauta,+ ho na le sekotlolo holim ’a sona. Mabone a sona a supileng a holim ’a sona, ’ona a supileng;+ ’me mabone a leng holim ’a sona a na le liphaephe tse supileng. 3 Ho na le lifate tse peli tsa mohloaare haufi le sona,+ se seng ka lehlakoreng le letona la sekotlolo ’me se seng ka lehlakoreng le letšehali la sona.”
4 Joale ka araba lengeloi le neng le bua le ’na, ka re: “Lintho tsee li bolela’ng, moren ’a ka?”+ 5 Kahoo lengeloi le neng le bua le ’na la araba ’me la re ho ’na: “Na ka sebele ha u tsebe hore na lintho tsee li bolela’ng?”
Eaba ke re: “Che, moren ’a ka.”+
6 Tumellanong le hoo la araba ’me la re ho ’na: “Lena ke lentsoe la Jehova ho Zorobabele, le reng, ‘“Eseng ka lebotho la sesole,+ kapa ka matla,+ empa ka moea oa ka,”+ ho boletse Jehova oa mabotho. 7 U mang, Uena thaba e khōlō?+ U tla fetoha sebaka se motsitsa ka pel’a Zorobabele.+ Ka sebele o tla hlahisa lejoe la sehlooho.+ Ho tla ba le mehoo+ e eang ho lona: “Le khahleha hakaakang! Le khahleha hakaakang!”’”+
8 Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: 9 “Matsoho a Zorobabele a ralile motheo oa ntlo ena,+ ’me matsoho a hae a tla e phetha.+ Le tla lokela ho tseba hore Jehova oa mabotho o nthometse ho lōna.+ 10 Etsoe ke mang ea nyelisitseng letsatsi la lintho tse nyenyane?+ Ka sebele ba tla thaba+ ’me ba bone sekitiloto letsohong la Zorobabele. Ana a supileng ke mahlo a Jehova.+ A qamaka lefatšeng lohle.”+
11 Ka araba ka re ho lona: “Lifate tsee tse peli tsa mohloaare tse leng ka lehlakoreng le letona la seluloana le tse leng ka lehlakoreng le letšehali la sona li bolela’ng?”+ 12 Joale ka araba ka lekhetlo la bobeli ’me ka re ho lona: “Masihla a makala a mabeli a lifate tsa mohloaare ke eng, ao ka lebaka la mathōpo a khauta a mabeli, a tšollang mokelikeli oa khauta?”
13 Kahoo la re ho ’na: “Na ka sebele ha u tsebe hore na lintho tsee li bolela’ng?”
Eaba ke re: “Che, moren ’a ka.”+
14 Ka lebaka leo la re: “Bana ke batlotsuoa ba babeli+ ba emeng haufi le Morena oa lefatše lohle.”+
5 Joale ka boela ka phahamisa mahlo ’me ka talima; ’me, bonang! moqolo o fofang.+ 2 Kahoo la re ho ’na: “U bona’ng?”+
Eaba ke re: “Ke bona moqolo o fofang, bolelele ba oona ke litsoe tse mashome a mabeli, ’me bophara ba oona ke litsoe tse leshome.”
3 Joale la re ho ’na: “Ena ke thohako e eang holim ’a lefatše lohle,+ hobane e mong le e mong ea utsoang,+ ho ea ka eona ka lehlakoreng lena, o lokolohile kotlong; ’me e mong le e mong ea etsang kano e hlapanyelitsoeng,+ ho ea ka eona ka lehlakoreng lane,+ o lokolohile kotlong. 4 ‘Ke entse hore e tsoe,’ ho bolela Jehova oa mabotho, ‘’me e tla kena ka tlung ea lesholu le ka tlung ea ea etsang kano e hlapanyelitsoeng ka bohata ka lebitso la ka;+ ’me e tla lula ka har’a ntlo ea hae le ho e felisa le lifate tsa eona le majoe a eona.’”+
5 Joale lengeloi le neng le bua le ’na la tsoa ’me la re ho ’na: “Ka kōpo, phahamisa mahlo, ’me u bone hore na ke eng ena e tsoang.”
6 Kahoo ka re: “Ke eng?”
Eaba le re: “Ena ke tekanyo ea efa e tsoang.” La tsoela pele ho re: “Ena ke chebahalo ea bona lefatšeng lohle.” 7 Bona! Sekoahelo se chitja sa loto se ile sa phahamisoa; ’me enoa ke mosali ea itseng ea lutseng ka har’a efa. 8 Kahoo la re: “Enoa ke Bokhopo.” La mo lahlela hape ka har’a efa,+ ka mor’a moo la lahlela boima ba loto molomong oa eona.
9 Joale ka phahamisa mahlo ’me ka talima, ’me bona! ho ne ho e-na le basali ba babeli ba tsoang, ’me moea o ne o le mapheong a bona. Ba ne ba e-na le mapheo a kang mapheo a mokotatsie. Butle-butle ba ile ba phahamisetsa efa holimo pakeng tsa lefatše le maholimo. 10 Kahoo ka re ho lengeloi le neng le bua le ’na: “Ba isa efa hokae?”
11 Eaba le re ho ’na: “E le hore ba mo hahele+ ntlo naheng ea Shinare;+ ’me e tla tiisoa ka thata, ’me o tla behoa moo holim ’a sebaka sa hae se tšoanetseng.”
6 Joale ka boela ka phahamisa mahlo ’me ka talima; ’me, bonang! ho ne ho e-na le likoloi tse ’nè tse tsoang pakeng tsa lithaba tse peli, ’me lithaba tseo e ne e le lithaba tsa koporo. 2 Koloing ea pele ho ne ho e-na le lipere tse khubelu;+ ’me koloing ea bobeli, ho e-na le lipere tse ntšo.+ 3 Koloing ea boraro ho ne ho e-na le lipere tse tšoeu;+ ’me koloing ea bone, ho e-na le lipere tse thobosha, tse mebala-bala.+
4 Ka araba lengeloi le neng le bua le ’na ka re: “Ke ling tsee, moren ’a ka?”+
5 Kahoo lengeloi la araba ’me la re ho ’na: “Ke meea e mene+ ea leholimo e tsoang+ ka mor’a hore e eme ka pel’a Morena+ oa lefatše lohle.+ 6 Ha e le eo lipere tse ntšo li leng ho eona, li ea naheng ea leboea;+ ha e le tse tšoeu, li tla ea ka mor’a leoatle; ha e le tse thobosha, li tla ea naheng ea boroa.+ 7 Ha e le tse mebala-bala,+ li tla tsoa ’me li ’ne li batle moo li ka eang teng, e le hore li ka tsamaea hohle lefatšeng.”+ Joale la re: “E-eang, le tsamaee hohle lefatšeng.” Tsa qala ho tsamaea hohle lefatšeng.
8 La nkhoeletsa la bua le ’na, la re: “Bona, ba eang naheng ea leboea ke ba entseng hore moea+ oa Jehova o lule naheng ea leboea.”+
9 Lentsoe la Jehova la hlaha ho ’na, la re: 10 “Ho ke ho nkoe ho itseng ho batho ba holehiloeng,+ esita le ho Heldai le ho Tobija le ho Jedaia; ’me u tla tla letsatsing leo, ’me u tla kena ka tlung ea Josiase mora oa Sofonia+ le bana ba tlileng ho tsoa Babylona. 11 U tla nka silevera le khauta ’me u etse moqhaka o moholo+ ’me u o roese moprista ea phahameng Joshua+ mora oa Jozadake. 12 U tla re ho eena,
“‘Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng: “Ke enoa monna+ eo lebitso la hae e leng Lehlōmela.+ O tla hlōmela sebakeng sa hae, ’me ka sebele o tla haha tempele ea Jehova.+ 13 O tla haha tempele ea Jehova, ’me o tla jara ho hlompheha;+ ’me o tla lula fatše le ho busa a le holim ’a terone ea hae, ’me e tla ba moprista holim ’a terone ea hae,+ ’me morero oa khotso+ o tla ba pakeng tsa bona ka bobeli. 14 Moqhaka o moholo e tla ba oa Heleme le oa Tobija le oa Jedaia+ le oa Hene mora oa Sofonia e le sehopotso+ ka tempeleng ea Jehova. 15 Ba leng hōle ba tla tla ’me ba hahe ka tempeleng ea Jehova.”+ Le tla lokela ho tseba hore Jehova oa mabotho o nthometse ho lōna.+ Ho tla etsahala—haeba ruri le tla mamela lentsoe la Jehova Molimo oa lōna.’”+
7 Ho feta moo, eitse ka selemo sa bone sa Morena Dariuse+ lentsoe la Jehova la hlaha ho Zakaria, ka letsatsi la bone la khoeli ea borobong, ke hore, Kisleve.+ 2 Bethele ea romela Sharezere le Regeme-meleke le banna ba hae ho ea nolofatsa+ sefahleho sa Jehova, 3 ba re ho baprista+ ba ntlo ea Jehova oa mabotho, le ho baprofeta, ba re: “Na ke tla lla ka khoeli ea bohlano,+ ke sebelisa boithibo, ka tsela eo ke entseng ka eona ka lilemo tsee tse ngata?”+
4 Lentsoe la Jehova oa mabotho la boela la hlaha ho ’na, la re, 5 “E-re ho batho bohle ba naha le ho baprista, ‘Ha le itimme lijo+ ’me le bokoletse ka khoeli ea bohlano le ka khoeli ea bosupa,+ sena e le ka lilemo tse mashome a supileng,+ na ka sebele le ile la itima lijo ka lebaka la ka?+ 6 Ha le ne le ja le ha le ne le noa, na e ne e se lōna ba jang, ’me na e ne e se lōna ba noang? 7 Na ha lea lokela ho mamela mantsoe+ ao Jehova a a hoelelitseng ka baprofeta ba pele,+ ha Jerusalema e ne e e-na le baahi, ’me e lutse ka boiketlo, ’me metse ea eona e e pota-potile ka hohle, le ha Negebe+ le Shefela+ li ne li e-na le baahi?’”
8 Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho Zakaria, la re: 9 “Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng, ‘Etsang kahlolo ea lōna ka toka ea ’nete;+ ’me le etsetsane mosa o lerato+ le mehauhelo;+ 10 ’me le se ke la etsetsa mohlolohali+ leha e le ofe bolotsana kapa moshanyana ea se nang ntate,+ mojaki+ leha e le ofe kapa ea hlorileng,+ ’me le se ke la rerelana letho le lebe ka lipelong tsa lōna.’+ 11 Empa ba ’na ba hana ho ela hloko,+ ’me ba ’na ba e-ba manganga,+ ’me litsebe tsa bona ba li etsa hore li se ke tsa utloa ho hang.+ 12 Lipelo+ tsa bona ba li beha e le lejoe la emeri hore ba se ke ba mamela molao+ le mantsoe ao Jehova oa mabotho a a rometseng ka moea oa hae,+ ka baprofeta ba pele;+ hoo Jehova oa mabotho a ileng a halefa haholo.”+
13 “‘Feela joalokaha a ile a hoeletsa ’me ba se ke ba mamela,+ kahoo ba ne ba tla hoeletsa ’me ke ne nke ke ka mamela,’+ ho boletse Jehova oa mabotho. 14 ‘Ka tsoela pele ka mokhoa oa moea o matla oa sefefo ho ba akhela ho pholletsa le lichaba+ tsohle tseo ba neng ba sa ka ba li tseba;+ ’me naha e tlohetsoe hore e be lesupi ka mor’a bona, ho se ea fetang ’me ho se ea khutlang;+ ’me ba etsa naha e lakatsehang+ ntho e makalloang.’”
8 Lentsoe la Jehova oa mabotho la boela la hlaha, la re: 2 “Sena ke seo Jehova oa mabotho+ a se boletseng, ‘Ke tla boulella Sione ka poulelo e khōlō,+ ’me ke tla mo boulella ka khalefo+ e khōlō.’”
3 “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Ke tla khutlela Sione+ ’me ke lule har’a Jerusalema;+ ka sebele Jerusalema e tla bitsoa motse oa ’nete,+ le thaba ea Jehova+ oa mabotho, thaba e halalelang.’”+
4 “Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng, ‘Ho sa ntse ho tla lula banna-baholo le basali-baholo mapatlelong a Jerusalema,+ e mong le e mong a tšoere lere+ la hae ka letsohong la hae ka lebaka la bongata ba matsatsi a hae. 5 Mapatlelo a motse a tla tlala bashanyana le banana ba bapalang mapatlelong a eona.’”+
6 “Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng, ‘Le hoja ho ka bonahala ho le thata haholo mahlong a ba setseng ba sechaba sena matsatsing ao, na ho ka bonahala ho le thata haholo le mahlong a ka?’+ ho bolela Jehova oa mabotho.”
7 “Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng, ‘Bonang! ke pholosa batho ba ka naheng ea bochaba-tsatsi le naheng ea bophirima-tsatsi.+ 8 Ka sebele ke tla ba tlisa, ’me ba tla lula har’a Jerusalema;+ ’me e tla ba sechaba sa ka,+ ’me ke tla ba Molimo oa bona ka ’nete le ka ho loka.’”+
9 “Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng, ‘Matsoho a lōna a ke a be matla,+ lōna ba utloang matsatsing ana mantsoe ana a tsoang molomong oa baprofeta,+ ka letsatsi leo motheo oa ntlo ea Jehova oa mabotho o ileng oa behoa ka lona, bakeng sa hore tempele e hahuoe.+ 10 Etsoe pele ho matsatsi ao ho ne ho sa etsoa hore meputso e be teng bakeng sa moloko oa batho;+ ha e le meputso ea liphoofolo tse ruuoang, ho ne ho se na ntho e kang eo; ’me ho ea tsoang le ho ea kenang ho ne ho se na khotso ka lebaka la mohanyetsi,+ ha ke ntse ke thulanya moloko oohle oa batho e mong khahlanong le e mong.’+
11 “‘Joale nke ke ka ba joaloka matsatsing a pele ho ba setseng ba sechaba sena,’+ ho bolela Jehova oa mabotho. 12 ‘Etsoe ho tla ba le peō ea khotso;+ sefate sa morara se tla fana ka litholoana tsa sona,+ ’me lefatše le tla fana ka lihlahisoa tsa lona,+ le maholimo a tla fana ka phoka ea ’ona;+ ’me ka sebele ke tla etsa hore ba setseng+ ba sechaba sena ba rue lintho tsena tsohle.+ 13 Feela joalokaha le ile la ba bomalimabe har’a lichaba,+ Lōna ba ntlo ea Juda le ba ntlo ea Iseraele,+ ka ho tšoanang ke tla le pholosa, ’me le tla ba tlhohonolofatso.+ Le se ke la tšoha.+ E se eka matsoho a lōna a ka ba matla.’+
14 “Etsoe sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng, ‘“Feela joalokaha ke ne ke hopotse ho etsa se bakang tlokotsi ho lōna ka lebaka la ho nkhalefisa ha baholo-holo ba lōna,”+ ho boletse Jehova oa mabotho, “’me ha kea ka ka ikutloa ke soabile,+ 15 ka ho tšoanang ke tla boela ke hopola ho sebetsana hantle le Jerusalema le ba ntlo ea Juda matsatsing ana.+ Le se ke la tšoha.”’+
16 “‘Tsena ke lintho tseo le lokelang ho li etsa:+ Bolellanang ’nete.+ Le etse kahlolo ea lōna lihekeng tsa lōna ka ’nete le ka kahlolo ea khotso.+ 17 Le se ke la rerelana tlokotsi ka lipelong tsa lōna,+ ’me le se ke la rata kano leha e le efe ea bohata;+ etsoe tsena ke lintho tsohle tseo ke li hloileng,’+ ho bolela Jehova.”
18 Lentsoe la Jehova oa mabotho la boela la hlaha ho ’na, la re: 19 “Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng, ‘Ho itima lijo ha khoeli ea bone,+ le ho itima lijo ha khoeli ea bohlano,+ le ho itima lijo ha khoeli ea bosupa,+ le ho itima lijo ha khoeli ea leshome+ e tla ba thabo e khaphatsehang bakeng sa ba ntlo ea Juda le nyakallo le linako tse monate tsa mokete.+ Kahoo u rate ’nete le khotso.’+
20 “Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng, ‘Ho sa ntse ho tla etsahala hore lichaba le baahi ba metse e mengata ba tle;+ 21 ka sebele baahi ba motse o mong ba tla ea ho ba o mong, ba re: “A re eeng+ ka tieo ho ea nolofatsa sefahleho+ sa Jehova le ho batla Jehova oa mabotho. Le ’na ke tla ea.”+ 22 Ka sebele batho ba bangata le lichaba tse matla li tla tla ho batla Jehova oa mabotho Jerusalema+ le ho nolofatsa sefahleho sa Jehova.’
23 “Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng, ‘Ho tla etsahala matsatsing ao hore banna ba leshome ba tsoang lipuong tsohle tsa lichaba+ ba tla tšoara,+ e, ba tla tšoara moleka oa seaparo sa monna oa Mojuda,+ ba re: “Re tla tsamaea le lōna,+ etsoe re utloile hore Molimo o na le lōna.”’”+
“Lentsoe la Jehova le khahlanong le naha ea Hadrake, ’me le lutse Damaseka;+ etsoe Jehova o behile leihlo ho motho oa lefatše+ le holim ’a meloko eohle ea Iseraele. 2 Hamathe+ e tla sehelana meeli le eona; Tyre+ le Sidone,+ etsoe e bohlale haholo.+ 3 Tyre e ile ea ikahela ’mōtōmōtō, le ho bokella silevera joaloka lerōle le khauta joaloka seretse sa literateng.+ 4 Bonang! Jehova o tla e leleka, ’me ka sebele o tla lihela lebotho la eona la sesole leoatleng;+ ’me e tla timetsoa mollong.+ 5 Ashkelone e tla bona ’me e tšohe; ha e le Gaza, le eona e tla utloa bohloko bo boholo haholo; le Ekrone,+ hobane tšepo ea eona eo e e lebeletseng+ e tla lokela ho hlajoa ke lihlong. Ka sebele morena o tla timetsoa Gaza, ’me Ashkelone e ke ke ea e-ba le baahi.+ 6 Mora oa matšeo+ o tla ipeha Ashdode,+ ’me ka sebele ke tla felisa boikakaso ba Mofilista.+ 7 Ke tla tlosa lintho tsa hae tse khenathetseng mali molomong oa hae le lintho tsa hae tse nyonyehang pakeng tsa meno a hae,+ ’me ka sebele o tla boela a siuoe bakeng sa Molimo oa rōna; ’me o tla ba joaloka moeta-pele+ Juda,+ ’me Ekrone a be joaloka Mojebuse.+ 8 Ke tla hloma liahelo joaloka setsi se ka thōko sa sesole bakeng sa ntlo ea ka,+ e le hore ho se ke ha e-ba le ea tla feta le ea tla khutla; ’me ha ho sa tla hlola ho e-ba le ea fanang ka mosebetsi ea fetang ho bona,+ etsoe joale ke bone seo ka mahlo a ka.+
9 “Thaba haholo, Uena morali oa Sione.+ Hooa ka tlhōlo,+ Uena morali oa Jerusalema. Bona! Morena+ oa hao o tla ho uena.+ O lokile, e, o pholositsoe;+ o ikokobelitse,+ ’me o palame esele, eona phoofolo e hōlileng ka ho feletseng petsana e tona ea esele e tšehali.+ 10 Ka sebele ke tla felisa koloi ea ntoa Efraime le pere Jerusalema.+ Seqha sa ntoa+ se tla felisoa. O tla bolela khotso lichabeng;+ ’me bobusi ba hae bo tla tloha leoatleng le leng ho ea leoatleng le leng le ho tloha Nōkeng ho ea lipheletsong tsa lefatše.+
11 “Uena mosali, ka mali a selekane+ sa hao ke tla romela batšoaruoa+ ba hao ho tsoa ka sekoting se se nang metsi.
12 “Khutlelang qhobosheaneng,+ lōna batšoaruoa ba tšepo.+
“Uena mosali, kajeno kea u bolella, ‘Ke tla u buseletsa kabelo e mennoeng habeli.+ 13 Etsoe ke tla hatakela Juda joaloka seqha sa ka. Ke tla tlatsa seqha ka Efraime, ’me ke tla tsosa bara ba hao,+ Uena Sione, khahlanong le bara ba hao, Uena Greece,+ ’me ke tla u etsa joaloka sabole ea monna ea matla.’+ 14 Jehova o tla bonoa holim ’a bona,+ ’me ka sebele motsu oa hae o tla tsoa joaloka lehalima.+ ’Musi Morena Jehova o tla letsa lenaka,+ ’me ka sebele o tla ea ka sefefo sa boroa.+ 15 Jehova oa mabotho o tla ba sireletsa, ’me ka sebele ba tla timetsa+ le ho hlōla majoe a letjeketjane. Ka sebele ba tla noa+—ba be morusu—joalokaha eka ho ne ho e-na le veine; ’me ba tla tlala joaloka sekotlolo, joaloka likhutlo tsa aletare.+
16 “Ka sebele Jehova Molimo oa bona o tla ba pholosa+ letsatsing leo joaloka mohlape oa sechaba sa hae;+ etsoe ba tla ba joaloka majoe a mofapa-hlooho a phatsimang holim ’a mobu oa hae.+ 17 Etsoe molemo oa hae o moholo hakaakang,+ ’me botle ba hae bo boholo hakaakang!+ Lijo-thollo li tla atlehisa bahlankana, ’me veine e ncha e atlehise baroetsana.”+
10 “Etsang likōpo tsa lōna ho Jehova bakeng sa pula+ nakong ea pula ea selemo,+ ho Jehova ea etsang maru a sefefo,+ le ea fanang ka pula ea litloebelele ho bona,+ ea fanang ka limela ho e mong le e mong tšimong.+ 2 Etsoe literafime+ li buile se sa tloaelehang; ’me linohe li bone lipono tsa bohata,+ ’me li tsoela pele ho bua litoro tsa lefeela, ’me li leka ho tšelisa ka ho se nang thuso.+ Ke ka lebaka leo ka sebele ba tlang ho tloha joaloka mohlape;+ ba tla hlora, hobane ha ho molisa.+
3 “Bohale ba ka bo tuketse balisa,+ ’me ke tla ahlola litaba+ khahlanong le baeta-pele ba joaloka lipōli;+ etsoe Jehova oa mabotho o lebisitse tlhokomelo ea hae mohlapeng oa hae,+ ba ntlo ea Juda, ’me o ba entse joaloka pere+ ea hae e hlomphehang ntoeng. 4 Ho eena ho tsoa monna oa bohlokoa,+ ho eena ho tsoa ’musi ea tšehetsang,+ ho eena ho tsoa seqha sa ntoa;+ ho eena ho tsoa e mong le e mong ea fanang ka mosebetsi,+ bohle hammoho. 5 Ba tla ba joaloka banna ba matla+ ba hatakelang seretseng sa literata ntoeng.+ Ba tla kenella ntoeng, kaha Jehova o na le bona;+ ’me bapalami ba lipere ba tla hlajoa ke lihlong.+ 6 Ke tla etsa hore ba ntlo ea Juda e be ba phahameng, ’me ke tla pholosa ba ntlo ea Josefa.+ Ke tla ba fa bolulo, etsoe ke tla ba bontša mohau;+ ’me ba tla ba joaloka bao ke neng ke sa ba lahla;+ etsoe ke ’na Jehova Molimo oa bona, ’me ke tla ba araba.+ 7 Ba Efraime ba tla ba joaloka monna ea matla,+ ’me lipelo tsa bona li tla thaba joalokaha eka li thabisoa ke veine.+ Bara ba bona ba tla bona ’me ka sebele ba thabe;+ lipelo tsa bona li tla thabela Jehova.+
8 “‘Ke tla ba letsetsa mololi+ ’me ke ba phuthe; etsoe ka sebele ke tla ba lopolla,+ ’me ba tla ngatafala, feela joaloka ba ngatafetseng.+ 9 Ke tla ba hasanya joaloka peō har’a lichaba,+ ’me libakeng tse hōle ba tla nkhopola;+ ’me ba tla hlaphoheloa hammoho le bara ba bona ’me ba khutle.+ 10 Ke tla ba khutlisa naheng ea Egepeta;+ ’me ke tla ba phutha Assyria;+ ’me ke tla ba tlisa naheng ea Gileade+ le ea Lebanone, ’me ho ke ke ha fumanoa sebaka bakeng sa bona.+ 11 O tla feta ho pholletsa le leoatle ka mahlomola;+ ’me leoatleng o tla otla maqhubu,+ ’me boliba bohle ba Nile bo tla psha.+ Boikakaso ba Assyria bo tla theoloa,+ ’me lere la borena+ la Egepeta le tla tloha.+ 12 Ke tla etsa hore e be ba phahameng ka Jehova,+ ’me ba tla tsamaea ka lebitso la hae,’+ ho bolela Jehova.”
11 “Bula mamati a hao, Uena Lebanone,+ e le hore mollo o ka chesa har’a likedare tsa hao.+ 2 Bokolla, Uena sefate sa junipere, kaha kedare e oele; hobane ba hlomphehang ba tlatlapuoe!+ Bokollang, lōna lifate tsa litonanahali tsa Bashane, etsoe moru o ke keng oa phunyeletsoa o oele!+ 3 Mamelang! Ho bokolla ha balisa,+ kaha khanya ea bona e tlatlapuoe.+ Mamelang! Ho puruma ha litaoana tse moetse, kaha mefero e ikakasang e ikhohlileng ka Jordane e tlatlapuoe.+
4 “Sena ke seo Jehova Molimo oa ka a se boletseng, ‘Lisa mohlape o reretsoeng ho bolaoa,+ 5 oo ba o rekang ba o bolaeang+ le hoja ba sa nkoe ba le molato.+ Ba o rekisang+ ba re: “E se eka Jehova a ka bokoa, ha ke tla fumana maruo.”+ Balisa ba oona ha ba o bontše qenehelo leha e le efe.’+
6 “‘Etsoe ha ke sa tla hlola ke bontša qenehelo ho baahi ba naha,’+ ho bolela Jehova. ‘Kahoo bona! ke etsa hore moloko oa batho o iphumane, e mong le e mong letsohong la motsoalle oa hae+ le letsohong la morena oa hae;+ ka sebele ba tla silakanya naha likoto, ’me nke ke ka lopolla letho matsohong a bona.’”+
7 Ka lisa mohlape+ o reretsoeng polao,+ molemong oa lōna, ba hlorileng ba mohlape.+ Kahoo ka inkela mare a mabeli.+ Le leng ka le bitsa Thabo,+ ’me le leng ka le bitsa Kopano,+ ’me ka qala ho lisa mohlape. 8 Qetellong ka felisa balisa ba bararo ka khoeli e le ’ngoe,+ ha moea oa ka butle-butle o ba fella pelo,+ le meea ea bona e ikutloa e ’nyonya. 9 Qetellong ka re: “Nke ke ka tsoela pele ke le lisa.+ Ea shoang, a ke a shoe. Ea felisoang, a ke a felisoe.+ Ha e le ba setseng, e mong le e mong oa bona a ke a harole nama ea motsoalle oa hae.”+ 10 Kahoo ka nka lere la ka Thabo+ ’me ka le roba likoto,+ e le hore ke tlōle selekane sa ka seo ke ileng ka se hlaba le lichaba tsohle.+ 11 La robeha ka letsatsi leo, ’me ba hlorileng ba mohlape+ ba neng ba nchebile+ ba tseba ka tsela ena hore e ne e le lentsoe la Jehova.
12 Joale ka re ho bona: “Haeba ho lokile mahlong a lōna,+ mpheng moputso oa ka; empa haeba ho se joalo, le tlohele.” Ba ntefa moputso, likotoana tse mashome a mararo tsa silevera.+
13 Eaba Jehova o re ho ’na: “E lahlele polokelong ea matlotlo+—tekanyo e khōlō eo ke lekantsoeng ka eona ponong ea bona.”+ Tumellanong le hoo ka nka likotoana tse mashome a mararo tsa silevera ’me ka li lahlela polokelong ea matlotlo ka tlung ea Jehova.+
14 Joale ka roba lere la ka la bobeli likoto, Kopano,+ e le hore ke tlōle selekane+ pakeng tsa Juda le Iseraele.+
15 Jehova a tsoela pele ho re ho ’na: “U boele u inkele lisebelisoa tsa molisa ea se nang thuso.+ 16 Etsoe bona! ke lumella molisa ho hlaha naheng.+ A ke ke a lebisa tlhokomelo linkung tse felisoang.+ A ke ke a batla konyana, ’me a ke ke a folisa nku e robehileng.+ E ipehang a ke ke a e fa lijo, ’me o tla ja nama ea e nonneng,+ ’me o tla ntša likhōla tsa linku.+ 17 Ho malimabe molisa oa ka ea se nang thuso,+ ea sieang mohlape!+ Sabole e tla ba holim ’a letsoho la hae le holim ’a leihlo la hae le letona. Ruri letsoho la hae le tla omella,+ ’me ruri leihlo la hae le letona le tla fifala.”
12 Phatlalatso:
“Lentsoe la Jehova malebana le Iseraele,” ho bolela Jehova, Ea otlollang maholimo+ le ho beha motheo oa lefatše+ le ho etsa moea+ oa motho ka hare ho eena. 2 “Bonang! ke etsa Jerusalema+ sekotlolo se bakang ho thekesela ho lichaba tsohle tse pota-potileng;+ ’me khahlanong le Juda o tla ba thibellong, esita le khahlanong le Jerusalema.+ 3 Letsatsing leo+ ke tla etsa Jerusalema lejoe le boima+ ho lichaba tsohle. Ruri bohle ba le phahamisang ba tla fumana mengoapo e tebileng; ’me ka sebele lichaba tsohle tsa lefatše li tla bokelloa khahlanong le eona.+ 4 Letsatsing leo,”+ ho bolela Jehova, “ke tla otla pere+ e ’ngoe le e ’ngoe ka pherekano ’me mopalami oa eona ke mo otle ka bohlanya;+ ke tla bula mahlo a ka holim ’a ba ntlo ea Juda,+ ’me pere e ’ngoe le e ’ngoe ea lichaba ke tla e otla ka ho se bone. 5 Baeta-pele+ ba Juda ba tla lokela ho re ka lipelong tsa bona, ‘Baahi ba Jerusalema ke matla ho ’na ka Jehova oa mabotho Molimo oa bona.’+ 6 Letsatsing leo ke tla etsa hore baeta-pele ba Juda ba be joaloka pitsa ea mollo har’a lifate+ le joaloka serumula sa mollo lijo-thollong tse sa tsoa khuoa tse entseng mokoloko,+ ’me ba tla timetsa ka letsohong le letona le ka ho le letšehali lichaba tsohle tse ba pota-potileng;+ ’me Jerusalema e sa ntse e tla ba le baahi sebakeng sa eona, Jerusalema.+
7 “Ka sebele Jehova o tla pholosa litente tsa Juda pele, e le hore botle ba ntlo ea Davida le botle ba baahi ba Jerusalema bo se ke ba e-ba boholo haholo ho ba Juda. 8 Letsatsing leo Jehova e tla ba tšireletso ho pota baahi ba Jerusalema;+ ’me ea khoptjoang har’a bona letsatsing leo o tla ba joaloka Davida,+ ’me ntlo ea Davida e be joaloka Molimo,+ joaloka lengeloi la Jehova ka pel’a bona.+ 9 Ka letsatsi leo ke tla batla ho felisa lichaba tsohle tse futuhelang Jerusalema.+
10 “Ke tla tšollela moea oa kamohelo+ le likōpo tse tiileng+ holim ’a ntlo ea Davida le holim ’a baahi ba Jerusalema, ’me ka sebele ba tla talima Eo ba mo hlabileng,+ ’me ka sebele ba tla Mo bokollela joalokaha ho bokolleloa mora ea mong; ho tla ba le sello se bohloko ka lebaka la hae joalokaha ho e-ba le sello se bohloko ka lebaka la mora oa letsibolo.+ 11 Letsatsing leo ho bokolla ho tla ba hoholo Jerusalema, joaloka ho bokolla ha Hadadrimone thoteng ea Megido.+ 12 Ka sebele naha e tla bokolla,+ lelapa le leng le le leng; lelapa la ntlo ea Davida, le basali ba lona;+ lelapa la ntlo ea Nathane,+ le basali ba lona; 13 lelapa la ntlo ea Levi,+ le basali ba lona; lelapa la Bashimei,+ le basali ba lona; 14 malapa ’ohle a siiloeng, lelapa le leng le le leng, le basali ba lona.+
13 “Letsatsing leo+ ho tla ba le seliba+ se buletsoeng ntlo ea Davida le baahi ba Jerusalema bakeng sa sebe+ le bakeng sa ntho e nyonyehang.+
2 “Letsatsing leo,” ho bolela Jehova oa mabotho, “ke tla tlosa mabitso a litšoantšo tse rapeloang naheng,+ ’me ha a sa tla hlola a hopoloa; hape ke tla etsa hore baprofeta+ le moea oa ho se hloeke li fete naheng.+ 3 Haeba monna a ka boela a profeta, ntat’ae le ’m ’ae, ba mo tsoetseng, le bona ba tla re ho eena, ‘U ke ke ua phela, hobane u buile leshano ka lebitso la Jehova.’ Ntat’ae le ’m ’ae, ba mo tsoetseng, ba tla mo hlaba ka lebaka la ho profeta ha hae.+
4 “Letsatsing leo baprofeta ba tla hlajoa ke lihlong,+ e mong le e mong ka lebaka la pono ea hae ha a profeta; ’me ba ke ke ba apara seaparo se khethehileng sa boea+ ka morero oa ho thetsa. 5 Ka sebele o tla re, ‘Ha ke moprofeta. Ke monna ea lemang mobu, hobane motho oa lefatše o mphumane ho tloha bocheng ba ka ho ea pele.’ 6 E mong o tla re ho eena, ‘Maqeba ana a ho uena pakeng tsa liatla tsa hao ke a eng?’ O tla lokela ho re, ‘Ke a ho otloa ha ka ka tlung ea bao ke ratanang le bona haholo.’”
7 “Uena sabole, tsohela molisa oa ka matla,+ esita le monna ea shahlileng eo e leng oa heso,”+ ho bolela Jehova oa mabotho. “Otla molisa,+ ’me tsa mohlape li ke li hasanngoe;+ ka sebele ke tla khutlisa letsoho la ka holim ’a tseo e seng tsa bohlokoa.”+
8 “Naheng eohle,” ho bolela Jehova, “likarolo tse peli ho eona ke tsona tse tla felisoa le ho shoa;+ ha e le karolo ea boraro, e tla siuoa ho eona.+ 9 Ka sebele ke tla fetisa karolo ea boraro mollong;+ ’me ke tla e hloekisa joalokaha ho hloekisoa silevera,+ le ho e hlahloba joalokaha ho hlahlojoa khauta.+ E tla ipiletsa lebitsong la ka, ’me ke tla e araba.+ Ke tla re, ‘Ke sechaba sa ka,’+ ’me sona se tla re, ‘Jehova ke Molimo oa ka.’”+
14 “Bonang! Letsatsi la Jehova lea tla,+ ’me ka sebele thepa ea lōna e hapuoeng e tla aroloa har’a lōna. 2 Ka sebele ke tla bokella lichaba tsohle khahlanong le Jerusalema bakeng sa ntoa;+ motse o tla haptjoa+ ’me matlo a nkeloe thepa ka mahahapa, ’me basali ba tla betoa.+ Halofo ea motse e tla ea kholehong;+ empa ha e le ba setseng ba sechaba,+ ba ke ke ba felisoa motseng.+
3 “Ka sebele Jehova o tla tsoa ’me a loane khahlanong le lichaba tseo+ joaloka letsatsing la ho loana ha hae, letsatsing la ntoa.+ 4 Letsatsing leo maoto a hae a tla ema holim ’a thaba ea lifate tsa mohloaare, e leng pel’a Jerusalema, ka bochabela;+ ’me thaba ea lifate tsa mohloaare+ e tla petsoha bohareng ba eona,+ ho tloha bochaba-tsatsi le ho isa bophirimela. Ho tla ba le phula e khōlō haholo; halofo ea thaba e tla isoa leboea, ’me halofo ea eona e isoe boroa. 5 Ka sebele le tla balehela phuleng ea lithaba tsa ka;+ hobane phula ea lithaba e tla be e e’o fihla Azele. Le tla lokela ho baleha, feela joalokaha le ile la baleha ka lebaka la tšisinyeho ea lefatše matsatsing a Uzia morena oa Juda.+ Ka sebele Jehova Molimo oa ka o tla tla,+ bahalaleli bohle ba e-na le eena.+
6 “Letsatsing leo ho ke ke ha e-ba le leseli la bohlokoa+—lintho li tla hoama.+ 7 E tla ba letsatsi le leng le tsejoang e le la Jehova.+ E ke ke ea e-ba motšehare, kapa hona hore e be bosiu;+ ’me ka nako ea shoalane ho tla khanya.+ 8 Letsatsing leo metsi a phelang+ a tla tsoa Jerusalema,+ halofo ea ’ona e ee leoatleng le ka bochabela+ ’me halofo ea ’ona e ee leoatleng le ka bophirimela.+ Ho tla etsahala lehlabula le mariha.+ 9 Jehova e tla ba morena oa lefatše lohle.+ Letsatsing leo Jehova o tla ba mong,+ ’me lebitso la hae le be leng.+
10 “Naha eohle e tla fetoloa joaloka Araba,+ ho tloha Geba+ ho ea Rimone+ ka boroa ho Jerusalema; e tla tsoha ’me e be le baahi sebakeng sa eona,+ ho tloha Hekeng ea Benjamine+ ho ea fihla sebakeng sa Heke ea Pele, ho ea fihla Sekhutlong sa Heke, le ho tloha Toreng ea Hananiele+ ho ea fihla likhakeletsing tsa sehatelo sa morena. 11 Ka sebele batho ba tla aha ho eona; ’me ho ke ke ha hlola ho e-ba le ho neheloa timetso,+ ’me ho tla ahuoa Jerusalema ka tšireletseho.+
12 “E tla ba lefu la seoa leo ka lona Jehova a tla otla lichaba tsohle tseo ka sebele li tlang ho etsa tšebeletso ea sesole khahlanong le Jerusalema:+ Nama ea motho e tla bola, a ntse a eme ka maoto;+ ’me mahlo a hae a tla bolla ka har’a mekoti ea ’ona, ’me leleme la hae le tla bolla ka har’a molomo oa hae.
13 “Letsatsing leo pherekano e tsoang ho Jehova e tla ata har’a bona;+ ka sebele, e mong le e mong oa bona o tla tšoara letsoho la motsoalle oa hae, ’me ka sebele letsoho la hae le tla phahama khahlanong le letsoho la motsoalle oa hae. 14 Le Juda e tla loana Jerusalema; ’me ka sebele leruo la lichaba tsohle tse pota-potileng le tla bokelloa, khauta le silevera le liaparo ka bongata bo fetisisang.+
15 “Ona ke mokhoa oo lefu la seoa la lipere, limmoulo, likamele, le liesele tse tona, le phoofolo e ruuoang ea mofuta o mong le o mong e liahelong tseo, le tla ba ka oona, joaloka lefu lena la seoa.
16 “Ha e le e mong le e mong ea siiloeng ho tsoa lichabeng tsohle tse futuhelang Jerusalema,+ le eena o tla nyoloha selemo le selemo+ ho ea inamela Morena,+ Jehova oa mabotho,+ le ho keteka mokete oa maphephe.+ 17 Mabapi leha e le ofe ea sa nyoloheng+ ho tsoa malapeng+ a lefatše ho ea Jerusalema ho ea inamela Morena, Jehova oa mabotho, esita le holim ’a bona ha ho pula e tšolohang e tla ba teng.+ 18 Haeba lelapa la Egepeta le sa nyolohe ’me le sa kene, le holim ’a lona e ke ke ea e-ba teng. Lefu la seoa le tla ba teng leo ka lona Jehova a otlang lichaba tse sa nyoloheng ho ea keteka mokete oa maphephe. 19 Ena e tla ba kotlo bakeng sa sebe sa Egepeta le sebe sa lichaba tsohle tse sa nyoloheng ho ea keteka mokete oa maphephe.+
20 “Letsatsing leo holim ’a mangenengene a pere ho tla ba+ le ‘Khalalelo ke ea Jehova!’+ Lipitsa tse molomo o moholo+ tse ka tlung ea Jehova li tla ba joaloka likotlolo+ ka pel’a aletare.+ 21 Pitsa e ’ngoe le e ’ngoe e molomo o moholo e Jerusalema le Juda e tla ba ntho e halalelang ea Jehova oa mabotho, ’me bohle ba etsang sehlabelo ba tla kena le ho inkela tse ka ho tsona ’me ba tla pheha ka tsona.+ Ha ho sa tla hlola ho e-ba le Mokanana+ ka tlung ea Jehova oa mabotho letsatsing leo.”+