Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • bi12 Sofonia 1:1-3:20
  • Sofonia

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sofonia
  • Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
Sofonia

Sofonia

1 Lentsoe la Jehova le ileng la hlaha ho Sofonia mora oa Kushi mora oa Gedalia mora oa Amaria mora oa Ezekiase matsatsing a Josiase+ mora oa Amone+ morena oa Juda:

2 “Ruri ke tla felisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe holim ’a lefatše,” ho bolela Jehova.+

3 “Ke tla felisa motho oa lefatše le phoofolo.+ Ke tla felisa sebōpuoa se fofang sa maholimo le litlhapi tsa leoatle,+ le likhopiso hammoho le ba khopo;+ ’me ke tla felisa moloko oa batho holim ’a lefatše,”+ ho bolela Jehova. 4 “Ke tla otlolla letsoho la ka khahlanong le Juda le khahlanong le baahi bohle ba Jerusalema,+ ’me ke tla felisa sebakeng sena ba setseng ba Baale,+ lebitso la baprista ba melimo esele hammoho le baprista,+ 5 le ba inamelang makhotla a maholimo+ holim ’a marulelo, le ba inamang,+ ba etsetsang Jehova likano tse hlapanyelitsoeng+ le ba etsang likano tse hlapanyelitsoeng ka Malkame;+ 6 le ba ikhulang ho lateleng Jehova+ le ba sa batlang Jehova ’me ba sa botsa ka eena.”+

7 Khutsa ka pel’a ’Musi Morena Jehova;+ etsoe letsatsi la Jehova le haufi,+ kaha Jehova o lokisitse sehlabelo;+ o halalelitse+ bamemuoa ba hae.

8 “Ka letsatsi la sehlabelo sa Jehova ke tla lebisa tlhokomelo ho likhosana, le ho bara ba morena,+ le ho bohle ba apereng liaparo lisele.+ 9 Ke tla lebisa tlhokomelo ho e mong le e mong ea hloellang holim ’a setupu letsatsing leo, ba tlatsang ntlo ea beng ba bona ka pefo le thetso.+ 10 Letsatsing leo,” ho bolela Jehova, “molumo oa mohoo o tla ba teng o tsoa Hekeng ea Litlhapi,+ le ho bokolla ho tsoang karolong ea bobeli,+ le lerata le leholo le tsoang maralleng.+ 11 Bokollang,+ lōna baahi ba Makteshe, etsoe batho bohle bao e leng bo-rakhoebo ba khutsisitsoe;+ bohle ba bekhang silevera ba felisitsoe.

12 “Nakong eo ke tla batlisisa Jerusalema ka mabone,+ ’me ke tla lebisa tlhokomelo ho batho ba qitang holim ’a litšifa+ tsa bona le ba reng ka lipelong tsa bona, ‘Jehova a ke ke a etsa se molemo, ’me a ke ke a etsa se sebe.’+ 13 Leruo la bona le tla nkoa ka mahahapa le matlo a bona a etsoe lesupi.+ Ba tla haha matlo, empa ba ke ke ba lula ho ’ona;+ ’me ba tla lema lirapa tsa morara, empa ba ke ke ba noa veine ea tsona.+

14 “Letsatsi le leholo+ la Jehova le haufi.+ Le haufi, ’me le potlakile haholo.+ Molumo oa letsatsi la Jehova o bohloko.+ Monna ea matla o ntša mohoo+ moo. 15 Letsatsi leo ke letsatsi la khalefo, letsatsi la mahlomola le la bohloko bo boholo,+ letsatsi la sefefo le la lesupi, letsatsi la lefifi le la botšo,+ letsatsi la maru le la botšo bo boholo, 16 letsatsi la lenaka le la mokhosi,+ khahlanong le metse e etselitsoeng liqhobosheane le khahlanong le litora tse likhutlong tse phahameng.+ 17 Ke tla baka mahlomola ho moloko oa batho, ’me ka sebele ba tla tsamaea joaloka batho ba foufetseng;+ hobane ba sitetsoe+ Jehova. Mali a bona a tla tšolloa joaloka lerōle,+ le mala a bona a tšolloe joaloka bolokoe.+ 18 Silevera ea bona kapa khauta ea bona e ke ke ea khona ho ba lopolla letsatsing la khalefo ea Jehova;+ empa lefatše lohle le tla timetsoa ka mollo oa cheseho ea hae,+ hobane o tla tlisa pheliso, e tšabehang, ea baahi bohle ba lefatše.”+

2 Bokanang, e, le bokane,+ Lōna sechaba se sa pulufaleng ke lihlong.+ 2 Pele taelo e hlomamisitsoeng e tsoala ntho leha e le efe,+ pele letsatsi le feta feela joaloka ’mōkō, pele le oeloa ke bohale bo tukang ba Jehova,+ pele le oeloa ke letsatsi la bohale ba Jehova,+ 3 le batle Jehova,+ lōna bohle ba bonolo ba lefatše,+ ba sebelisitseng qeto ea Hae ea boahloli. Batlang ho loka,+ le batle bonolo.+ Mohlomong+ le ka patoa letsatsing la bohale ba Jehova.+ 4 Etsoe, ha e le Gaza, e tla ba motse o tlohetsoeng;+ le Ashkelone e tla ba lesupi.+ Ha e le Ashdode,+ motšehare o moholo ba tla mo leleka;+ ha e le Ekrone, o tla fotholoa.+

5 “Ho malimabe ba ahileng sebakeng sa leoatle, sechaba sa Makerethe!+ Lentsoe la Jehova le khahlanong le lōna. Uena Kanana, naha ea Bafilista, le uena ke tla u timetsa, hoo ho ke keng ha e-ba le moahi.+ 6 Sebaka sa leoatle se tla fetoha makhulo,+ hammoho le liliba bakeng sa balisa le masaka a majoe bakeng sa linku. 7 Se tla fetoha sebaka sa ba setseng ba ntlo ea Juda.+ Ba tla iphepa ho tsona. Ka matlung a Ashkelone, ka shoalane, ba tla robala ba thakhaletse. Etsoe Jehova Molimo oa bona o tla lebisa tlhokomelo ea hae ho bona+ ’me ka sebele a khutlise baholehuoa ba bona.”+

8 “Ke utloile nyeliso ea Moabe+ le mantsoe a nyefolang a bara ba Ammone,+ ao ba nyelisitseng batho ba ka ka ’ona le ho tsoela pele ba ikhohomosa khahlanong le naha ea bona. 9 Ka hona, ka ’na ea phelang,”+ ho bolela Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, “Moabe o tla ba feela joaloka Sodoma,+ ’me bara ba Ammone+ ba be joaloka Gomora, sebaka sa bobatsi, le sekoti sa letsoai, le lesupi, esita le ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ Ba setseng ba batho ba ka ba tla ba tlatlapa, ’me masala a sechaba sa ka a tla ba rua.+ 10 Sena ke seo ba tlang ho ba le sona ho e-na le boikakaso+ ba bona, hobane ba ile ba nyelisa ’me ba ’na ba ikhohomosa khahlanong le batho ba Jehova oa mabotho.+ 11 Jehova o tla tšabeha khahlanong le bona;+ etsoe ka sebele o tla fokolisa melimo eohle ea lefatše,+ ’me batho ba tla mo inamela,+ e mong le e mong ho tsoa sebakeng sa hae, lihlekehleke tsohle tsa lichaba.+

12 “Le lōna, Baethiopia,+ le tla ba ba bolailoeng ka sabole ea ka.+

13 “O tla otlollela letsoho la hae nģ’a leboea, ’me o tla timetsa Assyria.+ O tla etsa Ninive lesupi,+ sebaka se se nang metsi joaloka lefeella. 14 Ka hare ho eena, ka sebele mehlape e tla botha, liphoofolo tsohle tse hlaha tsa sechaba.+ Letata le jang litlhapi le nōkō+ li tla hlola bosiu hantle feela har’a likarolo tsa hae tse ka holimo tsa litšiea.+ Lentsoe le tla ’ne le bine fensetereng. Ho tla ba le thipitlo monyako; etsoe ka sebele o tla pepesa lintho tse etsang karolo ea lebota.+ 15 Ona ke motse o thabileng o neng o lutse o sireletsehile,+ o neng o re ka pelong ea oona, ‘Ke ’na, ha ho e mong.’+ O entsoe ntho e makalloang hakaakang, sebaka seo liphoofolo tse hlaha li bothang ho sona! E mong le e mong ea fetang haufi le oona o tla letsa mololi; o tla tsoka letsoho.”+

3 Ho malimabe ea rabelang le ho itšilafatsa, motse o hatellang!+ 2 Ha aa ka a mamela lentsoe;+ ha aa ka a amohela taeo.+ Ha aa ka a tšepa Jehova.+ Ha aa ka a atamela ho Molimo oa hae.+ 3 Likhosana tsa hae ka hare ho eena e ne e le litau tse purumang.+ Baahloli ba hae e ne e le liphiri tsa shoalane tse sa kang tsa phura masapo ho fihlela hoseng.+ 4 Baprofeta ba hae e ne e le ba nyelisang, e ne e le banna ba bolotsana.+ Baprista ba hae ba ile ba silafatsa se neng se halalela; ba senya molao.+ 5 Jehova o ne a lokile ka hare ho eena;+ o ne a sa etse ho sa lokang.+ Hoseng ho hong le ho hong a ’na a fana ka qeto ea hae ea boahloli.+ Ka meso ha ea ka ea haella.+ Empa ea sa lokang o ne a sa tsebe lihlong.+

6 “Ke ile ka felisa lichaba; litora tsa tsona tse likhutlong tsa etsoa lesupi. Ka ripitla literata tsa tsona, hoo ho neng ho se le ea mong ea fetang. Metse ea tsona ea fetoha lesupi, hoo ho neng ho se motho le ea mong, hoo ho neng ho se moahi le ea mong.+ 7 Ka re, ‘Ka sebele u tla ntšaba; u tla amohela taeo’;+ e le hore sebaka sa hae sa bolulo se se ke sa felisoa+—sohle seo ke lokelang ho batla boikarabello ka sona khahlanong le eena.+ Kannete ba ile ba sebetsa ka potlako ka ho etsa hore mesebetsi eohle ea bona e be e senyehileng.+

8 “‘Ka hona lulang le ntebeletse,’+ ho bolela Jehova, ‘ho fihlela letsatsing la ha ke ema bakeng sa khapo,+ etsoe qeto ea ka ea boahloli ke ho bokella lichaba,+ hore ke phuthe mebuso, e le hore ke tšollele nyatso ea ka holim ’a eona,+ bohale bohle ba ka bo tukang; kaha ka mollo oa cheseho ea ka lefatše lohle le tla timetsoa.+ 9 Etsoe ka nako eo ke tla etsa hore lichaba li fetohele puong e hloekileng,+ e le hore kaofela ha tsona li ipiletse lebitsong la Jehova,+ e le hore li mo sebeletse ka mahetla a bapileng.’+

10 “Ho tloha sebakeng sa linōka tsa Ethiopia ba nkōpang ka tieo, e leng, morali oa ba hasantsoeng ba ka, ba tla tlisa mpho ho ’na.+ 11 Letsatsing leo le ke ke la hlajoa ke lihlong ka lebaka la mesebetsi eohle ea lōna eo le ileng la ntšiteloa ka eona,+ etsoe ka nako eo ke tla tlosa har’a lōna ba lōna bao ka boikhohomoso ba thabileng;+ ’me le ke ke la hlola le ikhohomosa thabeng ea ka e halalelang.+ 12 Ka sebele ke tla siea har’a lōna batho ba ikokobetsang le ba tlaase,+ ’me ba tla tšabela lebitsong la Jehova.+ 13 Ha e le ba setseng ba Iseraele,+ ba ke ke ba etsa ho sa lokang,+ kapa ba bua leshano,+ leha e le hore ho tla fumanoa leleme le qhekellang+ melomong ea bona; etsoe ba tla iphepa ’me ba robale ba thakhaletse,+ ’me ho ke ke ha e-ba le ea mong ea etsang hore ba thothomele.”+

14 Hoeletsa ka thabo, Uena morali oa Sione! Tlerola ka nyakallo,+ Uena Iseraele! Nyakalla ’me u thabe ka pelo eohle, Uena morali oa Jerusalema!+ 15 Jehova o tlositse likahlolo holim ’a hao.+ O lelekile sera sa hao.+ Morena oa Iseraele, Jehova, o ka hare ho uena.+ Ha u sa tla hlola u tšaba tlokotsi.+ 16 Letsatsing leo ho tla thoe ho Jerusalema: “U se ke ua tšoha, Uena Sione.+ E se eka matsoho a hao a ke ke a tepella.+ 17 Jehova Molimo oa hao o ka hare ho uena. Joaloka Ea matla, o tla pholosa.+ O tla thaba ka lebaka la hao ka nyakallo.+ O tla khutsa leratong la hae. O tla thaba ka lebaka la hao ka mehoo ea thabo.

18 “Ba saretsoeng+ ka ho se be teng nakong ea hao ea mokete ka sebele ke tla ba bokella;+ ba ne ba le sieo ho uena, kahobane ba jere nyeliso ka lebaka la hae.+ 19 Bona! ke nka bohato khahlanong le bohle ba u hlorisang, ka nako eo;+ ke tla pholosa ea hlotsang,+ ’me ke tla phutha ea qhalakantsoeng.+ Ke tla ba beha e le thoriso hape e le lebitso naheng eohle ea lihlong tsa bona. 20 Nakong eo ke tla le tlisa, esita le nakong ea ha ke le phutha. Etsoe ke tla etsa hore le be lebitso le thoriso har’a lichaba tsohle tsa lefatše, ha ke khutlisa baholehuoa ba lōna ka pel’a mahlo a lōna,” ho boletse Jehova.+

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela