Malakia
1 Phatlalatso:
Lentsoe la Jehova+ malebana le Iseraele ka Malakia:
2 “Ke le ratile,”+ ho boletse Jehova.
Le itse: “U re ratile ka tsela efe?”+
“Na Esau e ne e se mor’abo Jakobo?”+ ho bolela Jehova. “Empa ke ratile Jakobo,+ 3 ke hloile Esau;+ qetellong ka etsa lithaba tsa hae lesupi+ ’me lefa la hae ka le etsetsa liphokojoe tsa lefeella.”+
4 “Kahobane Baedomo ba ntse ba re, ‘Re harasantsoe, empa re tla khutla ’me re hahe libaka tse ripitliloeng,’ sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng, ‘Ba tla haha; empa ke tla qhaqha.+ Ka sebele batho ba tla ba bitsa “naha ea bokhopo” le “batho bao Jehova a ba nyatsitseng+ ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” 5 Mahlo a lōna a tla bona hoo, ’me le tla re: “E se eka Jehova a ka tlotlisoa naheng ea Iseraele.”’”+
6 “‘Mora o hlompha ntate;+ ’me mohlanka, o hlompha mong’a hae e moholo.+ Kahoo haeba ke le ntate,+ ha le ntlhomphe ke’ng?+ Haeba ke le Monghali e Moholo, ha le ntšabe+ ke’ng?’ Ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng ho lōna, baprista ba nyelisang lebitso la ka.+
“‘Le itse: “Re nyelisitse lebitso la hao ka tsela efe?”’
7 “‘Ka ho hlahisa holim ’a aletare ea ka bohobe bo silafetseng.’+
“‘Le itse: “Re u hlompholotse ka tsela efe?”’
“‘Ha le re: “Tafole+ ea Jehova ke ntho e nyelisoang.”+ 8 Ha le hlahisa phoofolo e foufetseng bakeng sa ho etsa sehlabelo: “Hase ntho e mpe.” Ha le hlahisa phoofolo e holofetseng kapa e kulang: “Hase ntho e mpe.”’”+
“Ka kōpo, e atametseng ho ’musisi oa lōna. Na o tla khahlisoa ke lōna, kapa na o tla le amohela ka mosa?” ho boletse Jehova oa mabotho.
9 “Joale, ka kōpo, nolofatsang sefahleho+ sa Molimo, hore a re bontše mohau.+ Sena ke se entsoeng ke matsoho a lōna. Na o tla amohela leha e le ofe oa lōna ka mosa?” ho boletse Jehova oa mabotho.
10 “Ke mang hape har’a lōna ea tla koala mamati?+ Lōna le ke ke la khantša aletare ea ka—mahala.+ Ha ke le thabele,” ho boletse Jehova oa mabotho, “le nyehelo ea mpho e tsoang matsohong a lōna ha e nkhahlise.”+
11 “Etsoe ho tloha bochaba-tsatsi esita le ho isa bophirima-tsatsi lebitso la ka le tla ba leholo har’a lichaba,+ ’me sebakeng se seng le se seng ho tla etsoa mosi oa sehlabelo,+ lebitso la ka le tla etsetsoa nyehelo, esita le mpho e hloekileng;+ hobane lebitso la ka le tla ba leholo har’a lichaba,”+ ho boletse Jehova oa mabotho.
12 “Empa lea ntlhompholla+ ha le re, ‘Tafole ea Jehova ke ntho e silafetseng, ’me litholoana tsa eona ke ntho e nyelisoang, ke hore lijo tsa eona.’+ 13 Le itse, ‘Bonang! Ke ho khathatsang hakaakang!’+ ’me le entse hore e soenyetsoe linko,” ho boletse Jehova oa mabotho. “Le tlisitse ho hong ho nkiloeng ka mahahapa, le ho holofetseng, le ho kulang;+ e, le ho tlisitse e le mpho. Na nka khahlisoa ke hona letsohong la lōna?”+ ho boletse Jehova.
14 “Ho rohakoe ea sebetsang ka mano ha mohlapeng oa hae ho e-na le phoofolo e tona, ’me a etsa boitlamo le ho etsetsa Jehova sehlabelo ka e senyehileng.+ Etsoe ke ’na Morena e moholo,”+ ho boletse Jehova oa mabotho, “’me lebitso la ka le tla tšabeha har’a lichaba.”+
2 “Joale taelo ena e ea ho lōna, baprista.+ 2 Haeba le sa mamele,+ ’me haeba le sa ho behe pelong+ hore le tlotlise lebitso la ka,”+ ho boletse Jehova oa mabotho, “ka sebele le ’na ke tla romela thohako+ holim ’a lōna, ’me ke tla rohaka litlhohonolofatso tsa lōna.+ E, ke rohakile tlhohonolofatso, hobane ha le ho behe pelong.”
3 “Bonang! Ke khalemela ka matla peō e jetsoeng+ ka lebaka la lōna, ’me ke tla hasanya bolokoe lifahlehong tsa lōna, bolokoe ba mekete ea lōna; ’me ka sebele e mong o tla le nka a le ise ho bona. 4 Le tla lokela ho tseba hore ke rometse taelo ena ho lōna,+ e le hore selekane+ sa ka le Levi se ka tsoela pele,”+ ho boletse Jehova oa mabotho.
5 “Ha e le selekane sa ka, se bile le eena, sa bophelo le sa khotso,+ ’me ke ’nile ka mo fa tsona, ka tšabo. O ile a tsoela pele ho ntšaba;+ e, a tšoha ka lebaka la lebitso la ka.+ 6 Molao oa ’nete o bile molomong oa hae,+ ’me ha ho na ho se loke ho neng ho tla fumanoa molomong oa hae. O tsamaile le ’na ka khotso le ka ho loka,+ ’me o khutlisitse ba bangata phosong.+ 7 Etsoe molomo oa moprista ke oona o lokelang ho boloka tsebo, ’me batho ba lokela ho batla molao molomong oa hae;+ kaha ke lenģosa la Jehova oa mabotho.+
8 “Empa lōna—le khelohile tseleng.+ Le entse hore ba bangata ba khoptjoe molaong.+ Le sentse selekane sa Levi,”+ ho boletse Jehova oa mabotho. 9 “Ka sebele le ’na ke tla etsa hore le be ba nyelisoang le ba tlaase ho batho bohle,+ ho ea kamoo le neng le sa boloke litsela tsa ka, empa le ne le bontša leeme molaong.”+
10 “Na kaofela ha rōna ha re na ntate a le mong?+ Na ha rea bōptjoa ke Molimo a le mong?+ Ke hobane’ng ha re sebetsana ka bolotsana,+ ho silafatseng selekane sa baholo-holo ba rōna?+ 11 Juda o sebelitse ka bolotsana, ’me ho entsoe ntho e manyala Iseraele le Jerusalema;+ etsoe Juda o silafalitse khalalelo ea Jehova,+ eo A e ratileng, ’me o ruile morali oa molimo osele joaloka monyaluoa.+ 12 Jehova o tla felisa e mong le e mong ea ho etsang,+ ea falimehileng le ea arabang, ho tsoa litenteng tsa Jakobo, le ea hlahisang nyehelo ea mpho+ ho Jehova oa mabotho.”
13 “Ena ke ntho ea bobeli eo le e etsang, e fellang ka ho koahela aletare ea Jehova ka meokho, ka ho lla le ka ho feheloa, e le hore ho se ke ha hlola ho reteleheloa nyehelong ea mpho kapa ho thabeloa ntho leha e le efe e tsoang matsohong a lōna.+ 14 Le itse, ‘Ka lebaka lefe?’+ Ka lebaka lena, hore Jehova o fane ka bopaki pakeng tsa hao le mosali oa bocha ba hao,+ eo u sebetsaneng le eena ka bolotsana, le hoja e le molekane oa hao le mosali oa selekane sa hao.+ 15 Ho na le e mong ea sa kang a ho etsa, kaha moea o ne o setse ho eena. Eo o ne a batla’ng? Peō ea Molimo.+ Le itebele mabapi le meea ea lōna,+ ’me ho se ke ha e-ba le ea mong ea sebetsanang ka bolotsana le mosali oa bocha ba lōna.+ 16 Etsoe o hloile tlhalo,”+ ho boletse Jehova Molimo oa Iseraele; “le ea koahetseng seaparo sa hae ka pefo,”+ ho boletse Jehova oa mabotho. “Le itebele mabapi le meea ea lōna, ’me le se ke la sebetsa ka bolotsana.+
17 “Le khathalitse Jehova ka mantsoe a lōna,+ ’me le itse, ‘Re mo khathalitse ka tsela efe?’ Ha le re, ‘E mong le e mong ea etsang hampe o molemo mahlong a Jehova, le hore o khahlisoa ke ba joalo’;+ kapa, ‘Molimo oa toka o hokae?’”+
3 “Bonang! Ke romela lenģosa la ka,+ ’me le tla hleka tsela ka pel’a ka.+ Ka tšohanyetso ho tla tla Morena oa ’nete+ tempeleng+ ea Hae, eo le mo batlang, le lenģosa+ la selekane+ leo le le thabelang.+ Bonang! Ka sebele o tla tla,” ho boletse Jehova oa mabotho.+
2 “Empa ke mang ea tla mamella letsatsi la ho tla ha hae,+ ’me ke mang ea tla ema ha a hlaha?+ Etsoe o tla ba joaloka mollo oa mohloekisi+ le joaloka lokho+ ea bahlatsoi.+ 3 O lula e le mohloekisi le mohlatsoi oa silevera+ ’me o tla hloekisa bara ba Levi;+ o tla ba tšeka joaloka khauta+ le joaloka silevera, ’me ka sebele ho Jehova e tla ba batho ba hlahisang nyehelo ea mpho+ ka ho loka. 4 Nyehelo ea mpho ea Juda le ea Jerusalema e tla ba e khahlisang ho Jehova,+ joaloka matsatsing a khale le joaloka lilemong tsa boholo-holo.+
5 “Ke tla atamela haufi le lōna bakeng sa kahlolo,+ ’me ke tla ba paki e potlakang+ khahlanong le baloi,+ le khahlanong le bafebi,+ le khahlanong le ba hlapanyang ka bohata,+ le khahlanong le ba etsang bolotsana ka moputso oa ea sebeletsang moputso,+ ka mohlolohali+ le ka moshanyana ea se nang ntate,+ le ba lelekang mojaki,+ empa ba sa ka ba ntšaba,”+ ho boletse Jehova oa mabotho.
6 “Etsoe ke ’na Jehova; ha kea fetoha.+ Lōna le bara ba Jakobo; ha le e-s’o fele.+ 7 Ho tloha matsatsing a baholo-holo ba lōna le khelohile melao ea ka ea tsamaiso ’me ha lea e boloka.+ Khutlelang ho ’na, ’me ke tla khutlela ho lōna,”+ ho boletse Jehova oa mabotho.
Le itse: “Re tla khutlela ka tsela efe?”
8 “Na motho oa lefatše a ka utsoetsa Molimo? Empa lea nkutsoetsa.”
Le itse: “Re u utsoelitse ka tsela efe?”
“Likarolong tsa leshome le menehelong. 9 Le nthohaka+ ka thohako, ’me lea nkutsoetsa—sechaba kaofela ha sona. 10 Tlisang likarolo tsohle tsa leshome+ ka tlung ea polokelo, hore ho be le lijo ka tlung ea ka;+ ka kōpo, ntekeng tabeng ena,”+ ho boletse Jehova oa mabotho, “hore na ebe nke ke ka le bulela likhoro tsa moroallo tsa maholimo+ ’me ke le tšollele tlhohonolofatso ho fihlela ho se ho se letho le hlokoang.”+
11 “Ke tla le khalemella ka matla e harolang,+ ’me e ke ke ea le senyetsa litholoana tsa naha, leha e le hore sefate sa morara se tšimong e tla ba se sa beheng bakeng sa lōna,”+ ho boletse Jehova oa mabotho.
12 “Lichaba tsohle li tla lokela ho phatlalatsa hore le thabile,+ etsoe le tla fetoha naha ea thabo,”+ ho boletse Jehova oa mabotho.
13 “Mantsoe a lōna a bile matla khahlanong le ’na,”+ ho boletse Jehova.
Le itse: “Re ile ra buisana ka eng khahlanong le uena?”+
14 “Le itse, ‘Ke ha lefeela ho sebeletsa Molimo.+ Ho na le molemo ofe hore ebe re bolokile tlamo ho eena, le hore ebe re tsamaile re nyahame ka lebaka la Jehova oa mabotho?+ 15 Joale re phatlalatsa hore batho ba iketelletsang pele ba thabile.+ Hape, baetsi ba bokhopo ba hahiloe.+ Hape, ba lekile Molimo ’me ba ntse ba phonyoha.’”+
16 Ka nako eo ba tšabang Jehova+ ba buisana, e mong le e mong le motsoalle oa hae, ’me Jehova a ’na a ela hloko le ho mamela.+ Buka ea khopotso ea qala ho ngoloa ka pel’a hae+ bakeng sa ba tšabang Jehova le bakeng sa ba nahanang ka lebitso la hae.+
17 “Ka sebele e tla ba ba ka,”+ ho boletse Jehova oa mabotho, “ka letsatsi la ha ke hlahisa thepa e khethehileng.+ Ke tla ba bontša qenehelo, feela joalokaha motho a bontša qenehelo ho mora oa hae ea mo sebeletsang.+ 18 Ka sebele le tla boela le bone phapang pakeng tsa ea lokileng le ea khopo,+ pakeng tsa ea sebeletsang Molimo le ea sa kang a mo sebeletsa.”+
4 “Etsoe, bonang! letsatsi lea tla le chesang joaloka sebōpi,+ ’me bohle ba iketelletsang pele le bohle ba etsang bokhopo ba tla ba joaloka litlhaka.+ Ka sebele letsatsi le tlang le tla ba timetsa,” ho boletse Jehova oa mabotho, “hoo le ke keng la ba siela leha e le motso kapa lekala.+ 2 Ka sebele ho lōna ba tšabang lebitso la ka letsatsi la ho loka le tla khanya,+ le e-na le pholiso mapheong a lona;+ le tla ea ’me le tile fatše joaloka manamane a nontšitsoeng.”+
3 “Ka sebele le tla hatakela ba khopo, kaha ba tla ba joaloka phofo tlas’a bohato ba maoto a lōna ka letsatsi leo ka lona ke nkang bohato,”+ ho boletse Jehova oa mabotho.
4 “Hopolang molao oa mohlanka oa ka Moshe oo ke ileng ka mo laela oona Horebe malebana le Baiseraele bohle, esita le melao ea tsamaiso le liqeto tsa boahloli.+
5 “Bonang! Ke romela moprofeta Elia+ ho lōna pele ho tla letsatsi le leholo le le tšosang la Jehova.+ 6 O tla khutlisetsa lipelo tsa bo-ntate ho bara, ’me a khutlisetse lipelo tsa bara ho bo-ntate; e le hore ke se ke ka tla ’me ka otla lefatše ka ho le nehela timetso.”+
(Qetello ea phetolelo ea Mangolo a Seheberu le a Searame,e tla lateloa ke ea Mangolo a Segerike a Bakreste)