La Pele ho Bathesalonika
1 Pauluse le Silvanase+ le Timothea+ ho phutheho ea Bathesalonika e bonngoeng+ le Molimo Ntate le Morena Jesu Kreste:
E se eka le ka ba le mosa o sa tšoanelang le khotso.+
2 Kamehla re leboha Molimo ha re bua ka lōna bohle lithapelong tsa rōna,+ 3 etsoe re hopola re sa phetse mosebetsi+ oa lōna o tšepahalang le mosebetsi oa lōna o lerato le mamello ea lōna ka lebaka la tšepo+ ea lōna ho Morena oa rōna Jesu Kreste ka pel’a Molimo le Ntate oa rōna. 4 Etsoe, barab’eso ba ratoang ke Molimo, re tseba ho le khetha ha hae,+ 5 hobane litaba tse molemo tseo re li bolelang ha lia ka tsa hlaha har’a lōna ka puo feela empa le ka matla+ le ka moea o halalelang le kholiseho+ e matla, feela joalokaha le tseba hore na re ile ra ba batho ba mofuta ofe ho lōna ka lebaka la lōna;+ 6 le ile la ba baetsisi+ ba rōna le ba Morena,+ kaha le ile la amohela lentsoe tlas’a matšoenyeho+ a mangata ka thabo ea moea o halalelang,+ 7 hoo le ileng la ba mohlala ho balumeli bohle ba leng Macedonia le ba leng Akaia.
8 ’Nete ke hore, hase feela hore lentsoe la Jehova+ le utloahetse Macedonia le Akaia le tsoa ho lōna, empa tumelo+ ea lōna ho Molimo e hasane sebakeng se seng le se seng,+ hoo ho sa hlokahaleng hore re bue letho. 9 Etsoe ba ntse ba tlaleha ka tsela eo re ileng ra kena ka eona pele har’a lōna le kamoo le ileng la retelehela ho Molimo ho tloha litšoantšong tsa lōna tse rapeloang+ hore le be makhoba a Molimo ea phelang+ le oa ’nete,+ 10 le ho letela+ Mora oa hae ea tsoang maholimong,+ eo a ileng a mo tsosa bafung,+ e leng, Jesu, ea re lopollang khalefong e tlang.+
2 Barab’eso, ka sebele lea tseba kamoo ketelo+ ea rōna ho lōna e sa bang e hlokang litholoana,+ 2 empa kamoo, ka mor’a hore pele re utloe bohloko+ le ho nyelisoa+ (feela joalokaha le tseba) Filipi,+ re ileng ra iteta sebete ka Molimo oa rōna ho le bolella+ litaba tse molemo tsa Molimo ka ntoa e khōlō. 3 Etsoe keletso eo re fanang ka eona ha e hlahe phosong kapa ho se hloekeng+ kapa ka thetso, 4 empa, feela joalokaha re pakiloe ke Molimo re le ba loketsoeng ke hore litaba tse molemo li behoe tlhokomelong+ ea rōna, kahoo ha re bue re le ba khahlisang batho,+ empa re le ba khahlisang Molimo, ea lekang lipelo tsa rōna.+
5 Ha e le hantle, ha ho nako eo ka eona re hlahileng ka puo e rorisang ho tlōlisa,+ (feela joalokaha le tseba) kapa ka seipato+ sa bohata ka lebaka la ho chacheha ka mohono,+ Molimo ke paki! 6 Leha e le hore re ’nile ra batla thoriso e tsoang ho batho,+ che, ebang ke e tsoang ho lōna kapa e tsoang ho ba bang, le hoja re ne re ka ba moroalo+ o litšenyehelo li boima joaloka baapostola ba Kreste. 7 Ho fapana le hoo, re ile ra ba bonolo har’a lōna, joaloka ha ’mè ea anyesang a baballa+ bana ba hae. 8 Kahoo, re e-na le lerato le mofuthu bakeng sa lōna,+ ha rea ka ra khahloa ke ho le fa litaba tse molemo feela tsa Molimo, empa le meea+ ea rōna, hobane le bile ba ratoang+ ho rōna.
9 Ka sebele, barab’eso, le hopola mosebetsi oa rōna le ho sehla ha rōna. Re ile ra le bolella litaba tse molemo tsa Molimo ka ho sebetsa+ bosiu le motšehare, e le hore re se ke ra beha moroalo o litšenyehelo li boima holim ’a leha e le ofe oa lōna.+ 10 Le lipaki, Molimo le eena ke eona, kamoo re ileng ra ba ba tšepahalang le ba lokileng le ba ke keng ba tšoauoa phoso+ ho lōna balumeli. 11 Tumellanong le seo le tseba hantle kamoo, joalokaha ntate+ a etsa ho bana ba hae, re ’nileng ra eletsa+ e mong le e mong oa lōna, le ho le tšelisa le ho le pakela, 12 e le hore le tsoele pele ho tsamaea+ ka mokhoa o tšoanelang Molimo ea le bitsetsang+ ’musong+ oa hae le khanyeng ea hae.
13 Ka sebele, ke ka lebaka leo re boetseng re lebohang Molimo re sa phetse,+ hobane ha le amohela lentsoe la Molimo,+ leo le ileng la le utloa ho rōna, ha lea ka la le amohela e le lentsoe la batho,+ empa, feela joalokaha kannete le le joalo, e le lentsoe la Molimo, le boetseng le sebetsang ka ho lōna balumeli.+ 14 Etsoe barab’eso, le bile baetsisi ba liphutheho tsa Molimo tse leng Judea bonngoeng le Kreste Jesu, hobane le lōna le ile la qala ho utloisoa bohloko+ matsohong a batho ba naha ea habo lōna ke lintho tse tšoanang le tseo le bona ba utloisoang bohloko ke tsona matsohong a Bajuda, 15 ba ileng ba bolaea esita le Morena Jesu+ le baprofeta+ ’me ba re hlorisa.+ Ho feta moo, ha ba khahlise Molimo, empa ba khahlanong le lithahasello tsa batho bohle, 16 ha ba ntse ba leka ho re sitisa+ ho bua le batho ba lichaba e le hore bana ba ka pholoha,+ hoo kamehla ba tlatsang tekanyo+ ea libe tsa bona. Empa qetellong khalefo ea hae e tlile holim ’a bona.+
17 Ha e le rōna, barab’eso, ha re ne re le amohuoe ka nako e khutšoanyane feela, ka seqo, eseng ka lipelo, re ile ra leka ho feta ka tsela e tloaelehileng ho bona lifahleho tsa lōna ka takatso e khōlō.+ 18 Ka lebaka lena re ne re batla ho tla ho lōna, e, ’na Pauluse, hang le ka lekhetlo la bobeli, empa Satane a thiba tsela ea rōna. 19 Etsoe tšepo ea rōna kapa thabo kapa moqhaka+ oa thabo e khaphatsehang ke eng—na ha e le hantle hase lōna?—ka pel’a Morena oa rōna Jesu ho beng teng ha hae?+ 20 Ka sebele le khanya ea rōna le thabo ea rōna.
3 Kahoo, ha re se re sa khone ho mamella, re ile ra bona ho le molemo hore re sale re le bang Athene;+ 2 eaba re roma Timothea,+ mor’abo rōna le mosebeletsi oa Molimo litabeng tse molemo+ tse mabapi le Kreste, e le ho le tiisa le ho le tšelisa bakeng sa tumelo ea lōna, 3 e le hore ho se ke ha e-ba le ea ka sisinngoang ke matšoenyeho ana.+ Etsoe lea tseba hore re behetsoe ntho+ eona ena. 4 Hape, ha e le hantle, ha re ne re e-na le lōna, re ne re ee re le bolelle esale pele+ hore re ne re reretsoe ho utloisoa bohloko ke matšoenyeho,+ feela joalokaha ho boetse ho etsahetse le joalokaha le tseba.+ 5 Ke ka lebaka leo, ha ke se ke sa khone ho mamella, ke ileng ka romeletsa hore ke tsebe ka botšepehi+ ba lōna, kaha mohlomong ka tsela e itseng e ka ’na eaba Moleki+ o le lekile, ’me e ka ’na eaba mosebetsi oa rōna o fetohile oa lefeela.+
6 Empa Timothea o sa tsoa fihla ho rōna a tsoa ho lōna+ ’me o re file litaba tse molemo mabapi le botšepehi ba lōna le lerato+ la lōna, le hore le tsoela pele ho re hopola hamolemo kamehla, le hlolohetsoe ho re bona ka tsela e tšoanang, joalokaha le rōna re hlolohetsoe ho le bona.+ 7 Ke ka lebaka leo, barab’eso, re tšelisehileng+ ka lōna ho hlokeng hohle ha rōna le matšoenyehong ’ohle a rōna ka botšepehi boo le bo bontšang,+ 8 hobane joale rea phela haeba le ema le tiile Moreneng.+ 9 Etsoe ke liteboho life tseo re ka fanang ka tsona ho Molimo malebana le lōna e le puseletso bakeng sa thabo eohle eo re thabang+ ka eona ka lebaka la lōna ka pel’a Molimo oa rōna, 10 ha bosiu le motšehare re ntse re etsa lithapeli+ tse fetang tse tloaelehileng hore re bone lifahleho tsa lōna le ho lokisa lintho tse haellang mabapi le tumelo ea lōna?+
11 Joale e se eka Molimo le Ntate oa rōna le Morena oa rōna Jesu+ ba ka tsamaisa ka katleho tsela ea rōna e tlang ho lōna. 12 Ho feta moo, e se eka Morena a ka etsa hore le hōle,+ e, a etsa hore le ateloe, ho bontšaneng lerato+ le ho bohle, esita le joalokaha le rōna re etsa joalo ho lōna; 13 e le hore a ka tiisa lipelo tsa lōna, tse ke keng tsa tšoauoa phoso+ khalalelong ka pel’a Molimo le Ntate oa rōna ho beng teng+ ha Morena oa rōna Jesu le bahalaleli bohle ba hae.+
4 Qetellong, barab’eso, rea le kōpa le ho le eletsa ka Morena Jesu, feela joalokaha le ile la amohela taelo ho rōna ea kamoo le tšoanelang ho tsamaea+ le ho khahlisa Molimo, feela joalokaha ka sebele le tsamaea, hore le ’ne le ho etse ka botlalo haholo.+ 2 Etsoe le tseba litaelo+ tseo re ileng ra le fa tsona ka Morena Jesu.
3 Etsoe sena ke seo Molimo a se ratang, hore le halaletsoe,+ hore le ile bohlola;+ 4 hore e mong le e mong oa lōna a tsebe ho ruela sejana+ sa hae khalaletsong+ le tlhomphong, 5 eseng takatsong ea botona kapa ea botšehali+ e chachehisang ka mohono e kang eo le lichaba+ tseo tse sa tsebeng Molimo+ li nang le eona; 6 hore ho se ke ha e-ba le ea mong ea eang ntlheng ea ho ntša kotsi le ho nyonyobela litokelo tsa mor’abo tabeng ena,+ hobane Jehova ke eena ea batlang hore ho fanoe ka kotlo bakeng sa lintho tsena kaofela,+ feela joalokaha re ile ra le bolella esale pele ’me hape ra le fa bopaki bo phethahetseng.+ 7 Etsoe Molimo ha aa re bitsa ka tumello ea ho se hloeke, empa o re bitsitse mabapi le khalaletso.+ 8 Kahoo, joale, motho ea bontšang ho hlokomoloha+ ha a hlokomolohe motho, empa o hlokomoloha Molimo,+ ea kenyang moea oa hae o halalelang+ ho lōna.
9 Leha ho le joalo, mabapi le lerato la bara ba motho,+ ha le hloke hore re le ngolle, kaha le rutoa ke Molimo+ ho ratana;+ 10 ha e le hantle, le ho etsa ho barab’abo rōna bohle Macedonia eohle. Empa rea le eletsa, barab’eso, hore le tsoele pele ho ho etsa ka tekanyo e tletseng haholo, 11 le hore sepheo sa lōna e be ho phela ka khutso+ le ho hlokomela litaba+ tsa lōna le ho sebetsa ka matsoho a lōna,+ feela joalokaha re ile ra le laela; 12 e le hore le ka tsamaea ka mokhoa o hlomphehang+ mabapi le batho ba ka ntle+ ’me le se ke la hloka letho.+
13 Ho feta moo, barab’eso, ha re batle hore le hloke tsebo malebana le ba robalang+ lefung; e le hore le se ke la sareloa feela joalokaha ba bang kaofela ba se nang tšepo+ le bona ba sareloa. 14 Etsoe haeba tumelo ea rōna ke hore Jesu o ile a shoa eaba o tsoha hape,+ kahoo, hape, ba robetseng lefung ka Jesu Molimo o tla ba tlisa hammoho le eena.+ 15 Etsoe sena ke seo re le bolellang sona ka lentsoe la Jehova,+ hore rōna ba phelang ba ntseng ba setse ho fihlela ho beng teng ha Morena+ ka tsela leha e le efe re ke ke ra raka ba robetseng lefung; 16 hobane Morena o tla theoha leholimong+ ka mohoo o laelang, ka lentsoe la lengeloi le ka sehloohong+ le ka terompeta ea Molimo,+ ’me ba shoeleng bonngoeng le Kreste ba tla tsoha pele.+ 17 Ka mor’a moo rōna ba phelang ba ntseng ba setse, hammoho le bona,+ re tla nkeloa+ marung+ ho ea kopana+ le Morena moeeng; ka tsela ena re tla ba le Morena+ kamehla. 18 Ka lebaka leo le ’ne le tšelisane ka mantsoe ana.
5 Joale ha e le ka linako le mehla,+ barab’eso, ha le hloke hore le ngolloe letho. 2 Etsoe le tseba hantle hore letsatsi+ la Jehova le tla hantle feela joaloka lesholu bosiu.+ 3 Neng kapa neng ha ba+ re: “Khotso+ le tšireletseho!” joale timetso ea tšohanyetso+ e tla ba holim ’a bona hang-hang feela joaloka bohloko ba mahlomola ho mosali oa moimana;+ ’me ho hang ba ke ke ba phonyoha.+ 4 Empa lōna, barab’eso, ha le lefifing,+ hoo letsatsi leo le ka le fihlelang joalokaha le ne le tla fihlela masholu,+ 5 kaha kaofela le bara ba leseli+ le bara ba motšehare.+ Ha re ba bosiu kapa ba lefifi.+
6 Kahoo, joale, a re se keng ra tsoela pele ho robala+ joalokaha ba bang kaofela ba tsoela pele ho robala,+ empa a re luleng re falimehile+ ’me re lule re hlaphohetsoe likelellong.+ 7 Etsoe ba robalang+ ba tloaetse ho robala bosiu,+ ’me ba tahoang ka tloaelo ba tahoa bosiu. 8 Empa ha e le rōna ba motšehare, a re luleng re hlaphohetsoe likelellong ’me re apare tšireletso ea sefuba+ ea tumelo+ le lerato ’me re roale tšepo ea poloko+ e le helmete;+ 9 hobane Molimo ha aa ka a re abela khalefo,+ empa o re abetse ho fumana poloko+ ka Morena oa rōna Jesu Kreste.+ 10 O ile a re shoela,+ e le hore, ebang re lula re falimehile kapa re robetse, re phele hammoho le eena.+ 11 Ka hona le ’ne le tšelisane le ho hahana,+ feela joalokaha le etsa.+
12 Joale rea le kōpa, barab’eso, hore le hlomphe ba sebetsang ka thata har’a lōna le ba le okametseng+ Moreneng le ba le eletsang; 13 le ba ele hloko haholo ka lerato ho feta kamoo ho tloaelehileng ka lebaka la mosebetsi oa bona.+ E mong a be le khotso le e mong.+ 14 Ka lehlakoreng le leng, rea le eletsa, barab’eso, le eletse ba sa laoleheng,+ le bue ka mokhoa o tšelisang le meea e tepeletseng maikutlo,+ le tšehetse ba fokolang, le be le tiisetso+ ho bohle. 15 Tiisang hore ho se ke ha e-ba le ea busetsang bobe ka bobe ho mang kapa mang,+ empa kamehla e mong a phehelle se molemo ho e mong le ho ba bang kaofela.+
16 Thabang kamehla.+ 17 Rapelang le sa phetse.+ 18 Mabapi le ntho e ’ngoe le e ’ngoe le lebohe.+ Etsoe sena ke thato ea Molimo bonngoeng le Kreste Jesu mabapi le lōna. 19 Le se ke la tima mollo oa moea.+ 20 Le se ke la eisa boprofeta.+ 21 Nepisisang lintho tsohle;+ le tšoarelle ka tieo ho se setle.+ 22 Le ile bokhopo ba mofuta o mong le o mong.+
23 E se eka Molimo oa khotso+ a ka le halaletsa ka ho feletseng.+ E se eka boikutlo le moea le ’mele ea lōna barab’eso li ka bolokoa li phethahetse ka litsela tsohle ka mokhoa o sa tšoauoeng phoso ho beng teng ha Morena oa rōna Jesu Kreste.+ 24 Ea le bitsang oa tšepahala, hape o tla ho etsa.
25 Barab’eso, le tsoele pele ho re rapella.+
26 Lumelisang barab’abo rōna kaofela ka kako+ e halalelang.
27 Ke le tlama ka tlamo e tiileng ka Morena hore lengolo lena le balloe barab’abo rōna kaofela.+
28 Mosa o sa tšoanelang+ oa Morena oa rōna Jesu Kreste o be le lōna.