Ho Bakolose
1 Pauluse, moapostola oa Kreste Jesu ka thato ea Molimo,+ le Timothea+ mor’abo rōna 2 ho bahalaleli le barab’abo rōna ba tšepahalang ba bonngoeng+ le Kreste ba leng Kolose:
E se eka le ka ba le mosa o sa tšoanelang le khotso e tsoang ho Molimo Ntat’a+ rōna.
3 Re leboha+ Molimo Ntate oa Morena oa rōna Jesu Kreste kamehla ha re le rapella,+ 4 kaha re ile ra utloa ka tumelo ea lōna mabapi le Kreste Jesu le lerato leo le nang le lona bakeng sa bahalaleli bohle+ 5 ka lebaka la tšepo+ eo le e boloketsoeng maholimong.+ Tšepo ena le ile la utloa ka eona pele ka ho boleloa ha ’nete ea litaba tseo tse molemo+ 6 tse itlhahisitseng ho lōna, esita le joalokaha li beha litholoana+ le ho eketseha+ lefatšeng+ lohle feela joalokaha li etsa le har’a lōna, ho tloha letsatsing leo ka lona le ileng la utloa le ho tseba ka ho nepahetseng mosa o sa tšoanelang+ oa Molimo ka ’nete.+ 7 Ke seo le ithutileng sona ho Epafrase+ lekhoba-’moho le rōna le ratoang, eo e leng mosebeletsi ea tšepahalang oa Kreste bakeng sa rōna, 8 eo hape a ileng a re senolela lerato+ la lōna ka tsela ea moea.
9 Ke ka lebaka leo hape, ho tloha letsatsing leo ka lona re ileng ra utloa ka hona, re sa khaotsang ho le rapella+ le ho kōpa hore le ka tlala tsebo e nepahetseng+ ea thato ea hae ka bohlale+ bohle le kutloisiso ea moea,+ 10 e le hore le tsamaee ka mokhoa o tšoanelang+ Jehova+ e le hore le mo khahlise ka botlalo ha le ntse le tsoela pele ho beha litholoana mosebetsing+ o mong le o mong o molemo le ho hōla tsebong e nepahetseng+ ea Molimo, 11 le ntse le etsoa ba matla ka matla ’ohle ho isa tekanyong ea bonatla+ ba hae bo khanyang e le hore le mamelle+ ka botlalo ’me le tiisetse ka thabo, 12 le leboha Ntate ea ileng a le etsa ba loketseng hore le be le karolo lefeng+ la bahalaleli+ leseling.+
13 O ile a re lopolla matleng+ a lefifi ’me a re fetisetsa+ ’musong+ oa Mora oa hae ea ratoang,+ 14 eo ka eena re nang le tokollo ea rōna ka thekollo, tšoarelo ea libe+ tsa rōna. 15 Ke setšoantšo+ sa Molimo ea sa bonahaleng,+ letsibolo+ la pōpo eohle; 16 hobane lintho tse ling tsohle tse maholimong le tse lefatšeng li ile tsa bōptjoa ho sebelisoa eena,+ lintho tse bonahalang le lintho tse sa bonahaleng, ho sa tsotellehe hore na ke literone kapa borena kapa mebuso kapa balaoli.+ Lintho tse ling tsohle li bōpiloe ka eena+ le bakeng sa hae. 17 Hape, o ka pele ho lintho+ tse ling tsohle ’me ka eena lintho tse ling tsohle li ile tsa etsoa hore li be teng,+ 18 ’me ke hlooho ea ’mele, phutheho.+ Ke tšimoloho, letsibolo ho tsoa bafung,+ e le hore e ka ba eena oa pele+ linthong tsohle; 19 hobane Molimo o ile a bona ho le molemo hore botlalo+ bohle bo lule ho eena, 20 le hore ka eena a boelanye+ hape lintho+ tse ling tsohle le eena ka ho etsa khotso+ ka mali+ ao a ileng a a tšolla thupeng ea tlhokofatso,+ ho sa tsotellehe hore na ke lintho tse lefatšeng kapa lintho tse maholimong.
21 Ka sebele, lōna bao le kileng la ba ba arohileng+ ’me la ba lira kahobane likelello tsa lōna li ne li le mesebetsing e khopo,+ 22 joale o boetse o le boelantse+ ka ’mele oa nama oa eo ka lefu la hae,+ e le hore a le hlahise le halalela le bile le se na sekoli+ ’me le le ba ke keng ba qosoa+ ka pel’a hae, 23 hafeela, ka ho hlakileng, le tsoela pele tumelong,+ le tsepame motheong+ ’me le tiile+ ’me le ntse le sa suthisoe tšepong ea litaba tseo tse molemo tseo le ileng la li utloa,+ le tse ileng tsa boleloa+ pōpong+ eohle e tlas’a leholimo. ’Na Pauluse ke bile mosebeletsi+ oa litaba tsena tse molemo.
24 Joale kea thaba litlhokofatsong tsa ka ka lebaka la lōna,+ ’me ke tlatselletsa se haellang matšoenyehong+ a Kreste nameng ea ka bakeng sa ’mele oa hae, oo e leng phutheho.+ 25 Ke ile ka ba mosebeletsi+ oa phutheho ena tumellanong le botsamaisi+ bo tsoang ho Molimo boo ke ileng ka bo fuoa molemong oa lōna ho bolela lentsoe la Molimo ka botlalo, 26 sephiri se halalelang+ se neng se patiloe ho tloha litsamaisong tsa lintho+ tse fetileng le ho tloha melokong e fetileng. Empa joale se bonahalitsoe+ ho bahalaleli ba hae, 27 bao Molimo a khahliloeng ke ho ba tsebisa hore na maruo+ a khanyang a sephiri sena se halalelang+ ke eng har’a lichaba. Ke Kreste+ bonngoeng le lōna, tšepo ea khanya ea hae.+ 28 Ke eena eo re mo phatlalatsang,+ re eletsang motho e mong le e mong le ho ruta motho e mong le e mong ka bohlale+ bohle, e le hore re ka hlahisa motho e mong le e mong a feletse+ bonngoeng le Kreste. 29 Ho finyella sena ka sebele ke sebetsa ka thata, ke ikitlaetsa+ tumellanong le tšebetso+ ea hae le e sebetsang ho ’na ka matla.+
2 Etsoe ke batla hore le hlokomele hore na ke ntoa e khōlō+ hakaakang eo ke nang le eona molemong oa lōna le oa ba leng Laodisia+ le oa bohle ba e-s’o bone sefahleho sa ka nameng, 2 e le hore lipelo tsa bona li ka tšeliseha,+ e le hore ba ka kopanngoa hammoho ka tumellano leratong+ le ka sepheo sa ho finyella maruo ’ohle a kholiseho e feletseng ea kutloisiso ea bona,+ ka sepheo sa ho finyella tsebo e nepahetseng ea sephiri se halalelang sa Molimo, e leng, Kreste.+ 3 Ho eena ho patiloe ka hloko matlotlo ’ohle a bohlale le a tsebo.+ 4 Ke bolela sena e le hore ho se ke ha e-ba le motho ea ka le qhekellang ka likhang tse susumetsang.+ 5 Etsoe le hoja ke le sieo ka nama, leha ho le joalo ke na le lōna ka moea,+ ke thabile ’me ke bona tlhophiso+ e ntle ea lōna le ho tiea ha tumelo+ ea lōna ho Kreste.
6 Ka hona, joalokaha le amohetse Kreste Jesu Morena, le tsoele pele le tsamaea bonngoeng+ le eena, 7 le metse ka metso+ ’me le ntse le hahuoa+ ho eena ’me le ntse le tsitsisoa tumelong,+ feela joalokaha le ile la rutoa, le khaphatseha tumelo litebohong.+
8 Hlokomelang: mohlomong ho ka ba le e mong ea tla le nka+ joaloka phofu ea hae ka filosofi+ le thetso+ ea lefeela ho ea ka neano ea batho, ho ea ka lintho tsa motheo+ tsa lefatše eseng ho ea ka Kreste; 9 hobane ke ho eena botlalo+ bohle ba tšobotsi+ ea bomolimo+ bo lulang ka ’mele. 10 Kahoo le na le botlalo ka eena, eo e leng hlooho ea puso eohle le bolaoli.+ 11 Ka ho amana+ le eena le lōna le ile la bolotsoa+ ka lebollo le sa etsoeng ka matsoho ka ho hlobola ’mele oa nama,+ ka lebollo leo e leng la Kreste, 12 etsoe le ile la patoa le eena kolobetsong+ ea hae, ’me ka ho amana le eena le lōna le ile la tsosoa+ hammoho ka tumelo+ ea lōna tšebetsong+ ea Molimo, ea ileng a mo tsosa bafung.+
13 Ho feta moo, le hoja le ne le shoele litšitong tsa lōna le boemong ba ho se bolle ba nama ea lōna, Molimo o le phelisitse hammoho le eena.+ Ka mosa o ile a re tšoarela litšito+ tsohle tsa rōna 14 ’me a hlakola+ tokomane+ e ngotsoeng ka letsoho khahlanong le rōna, e neng e entsoe ka melao-taelo+ le e re hanyetsang;+ ’me O e tlositse tseleng ka ho e otlella+ thupeng ea tlhokofatso.+ 15 Ha a hlobolisa mebuso le balaoli+ hore e sale e le feela, o ile a e bonahatsa phatlalatsa hore e hlōtsoe,+ a e eteletse pele mokolokong oa tlhōlo+ ka eona.
16 Ka hona ho se ke ha e-ba le motho ea le ahlolang+ ho jeng le ho noeng+ kapa tabeng ea mokete+ kapa ea ho bolokoa ha khoeli e ncha+ kapa ea sabatha;+ 17 etsoe lintho tseo ke seriti+ sa lintho tse tlang ho tla, empa ntho ea sebele+ ke ea Kreste.+ 18 Ho se ke ha e-ba le motho ea le amohang+ moputso+ ea thabelang boikokobetso ba boikaketsi le mofuta oa borapeli ba mangeloi, “a ema” linthong tseo a li boneng, ea ikhohomosang ntle ho lebaka le loketseng ke sebōpeho sa kelello ea hae sa nama, 19 athe ha a tšoarelle ka tieo hloohong,+ ho eo ho tsoa ho eena ’mele kaofela, ha o ntse o fepeloa le ho kopanngoa hammoho+ ka tumellano ka manonyello a oona le mesifa, o tsoelang pele ho hōla ka khōlo eo Molimo a fanang ka eona.+
20 Haeba le ile la shoa+ hammoho le Kreste mabapi le lintho tsa motheo+ tsa lefatše,+ ke hobane’ng ha lōna, joalokaha eka le phela lefatšeng, le tsoela pele ho ipeha tlas’a melao-taelo:+ 21 “U se ke ua tšoara, kapa ua latsoa,+ kapa ua ama,”+ 22 mabapi le lintho tseo kaofela li reretsoeng timetso ka hore li sebelisoe kaofela, tumellanong le litaelo le lithuto tsa batho?+ 23 Ka sebele, lintho tseo li na le ponahalo ea bohlale ka mofuta oa borapeli o itlhometsoeng le boikokobetso ba boikaketsi, tšoaro e mpe ea ’mele;+ empa hase tsa bohlokoa ba letho ho loantšeng ho khotsofatsoa ha nama.+
3 Leha ho le joalo, haeba le ile la tsosoa+ le Kreste, le tsoele pele le batla lintho tse holimo,+ moo Kreste a lutseng ka letsohong le letona la Molimo.+ 2 Bolokang likelello tsa lōna li tsepame linthong tse holimo,+ eseng linthong tse lefatšeng.+ 3 Etsoe le ile la shoa,+ ’me bophelo+ ba lōna bo patiloe le Kreste bonngoeng+ le Molimo. 4 Ha Kreste, bophelo+ ba rōna, a bonahatsoa, joale le lōna le tla bonahatsoa+ le eena khanyeng.+
5 Ka hona, le bolaee+ litho+ tsa ’mele ea lōna tse lefatšeng mabapi le bohlola, ho se hloeke, takatso ea botona kapa ea botšehali,+ takatso e kotsi, le ho chacheha ka mohono,+ e leng borapeli ba litšoantšo. 6 Ka lebaka la lintho tseo khalefo ea Molimo ea tla.+ 7 Le lōna, le kile la tsamaea linthong tseo ha le ne le phela ho tsona.+ 8 Empa joale ka sebele li tloseng kaofela ho lōna,+ khalefo, bohale, bobe, puo e nyefolang,+ le puo e nyonyehang+ melomong ea lōna. 9 Le se ke la bolellana leshano.+ Hlobolang botho ba khale+ le litloaelo tsa bona, 10 ’me le ikapese botho bo bocha,+ boo ka tsebo e nepahetseng bo ntseng bo nchafatsoa ho ea ka setšoantšo+ sa Ea bo bōpileng, 11 boo ho bona ho seng Mogerike kapa Mojuda, lebollo kapa ho se bolle, osele, Moskitha, lekhoba, motho ea lokolohileng,+ empa Kreste e le lintho tsohle ’me a le ho tsohle.+
12 Ka lebaka leo, joaloka bakhethoa+ ba Molimo, ba halalelang le ba ratoang, le ikapese lerato le mofuthu la qenehelo,+ mosa, ho ikokobetsa kelellong,+ bonolo,+ le tiisetso.+ 13 Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi+ haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo+ khahlanong le e mong. Esita le joalokaha Jehova a ile a le tšoarela ka bolokolohi,+ le etse joalo le lōna. 14 Empa, ntle ho lintho tsena kaofela, le ikapese lerato,+ etsoe ke tlamo+ e phethahetseng ea bonngoe.
15 Hape, khotso+ ea Kreste e ke e laole ka lipelong+ tsa lōna, etsoe, ha e le hantle, le ile la bitsetsoa ho eona ’meleng o le mong.+ Le iponahatse le le ba lebohang. 16 Lentsoe la Kreste le ke le lule ho lōna ka ho enneng ka bohlale bohle.+ Le ’ne le rutane+ le ho eletsana ka lipesaleme,+ lithoriso ho Molimo, lipina+ tsa moea ka mosa, le binela Jehova+ ka lipelong tsa lōna. 17 Eng kapa eng eo le e etsang lentsoeng kapa mosebetsing,+ le etse ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka lebitso la Morena Jesu,+ le leboha+ Molimo Ntate ka eena.
18 Lōna basali, le ipehe tlas’a+ banna ba lōna, kaha hoa tšoaneleha Moreneng. 19 Lōna banna, le ’ne le rate basali+ ba lōna ’me le se ke la ba halefela ka matla.+ 20 Lōna bana, le mamele+ batsoali ba lōna nthong e ’ngoe le e ’ngoe, etsoe sena se khahlisa haholo Moreneng. 21 Lōna bo-ntate, le se ke la khentša bana ba lōna,+ e le hore ba se ke ba nyahama. 22 Lōna makhoba, nthong e ’ngoe le e ’ngoe le mamele beng ba lōna ka kutloisiso ea nama,+ eseng ka liketso tsa tšebeletso ea ha le shebiloe, joaloka ba khahlisang batho,+ empa ka botšepehi ba pelo, ka ho tšaba Jehova.+ 23 Eng kapa eng eo le e etsang, le e sebetse ka moea oohle+ joalokaha eka le sebeletsa Jehova,+ eseng batho, 24 etsoe lea tseba hore le tla amohela ho Jehova+ moputso o loketseng oa lefa.+ E-bang makhoba a Monghali, Kreste.+ 25 Ka sebele ea etsang se fosahetseng o tla boela a amohele+ seo a ileng a se etsa ka mokhoa o fosahetseng, ’me ha ho leeme.+
4 Lōna benghali, le ’ne le abele makhoba+ a lōna se lokileng le se lekaneng, le tseba hore le lōna le na le Monghali leholimong.+
2 Phehellang thapelong,+ le lule le falimehile ho eona ka liteboho,+ 3 ka nako e tšoanang le rōna le re rapelle,+ hore Molimo a ke a re bulele monyako+ oa ho bua, hore re bolele sephiri se halalelang+ se mabapi le Kreste, seo, ha e le hantle, ke leng litlamong tsa chankana+ ka lebaka la sona; 4 e le hore ke tle ke se bonahatse joalokaha ke tšoanela ho bua.+
5 Tsoelang pele le tsamaea ka bohlale mabapi le ba ka ntle,+ le ithekele nako e loketseng.+ 6 Seo le se buang kamehla e ke e be se nang le mosa,+ se nōkiloeng ka letsoai,+ e le hore le tsebe kamoo le tšoanelang ho fana ka karabo+ ho e mong le e mong.
7 Tykikase,+ mor’eso ea ratoang le mosebeletsi ea tšepahalang le lekhoba-’moho Moreneng, o tla le tsebisa litaba tsohle tsa ka. 8 Ka morero oa hore le tsebe lintho tse mabapi le rōna le hore a ka tšelisa lipelo tsa lōna,+ ke mo romela ho lōna 9 hammoho le Onesimase,+ mor’eso ea tšepahalang le ea ratoang, ea tsoang har’a lōna. Ba tla le tsebisa lintho tsohle tsa mona.
10 Aristakase+ moholehuoa-’moho le ’na o le romela litumeliso, le Mareka+ ea tsoalanang le Barnabase o le romela litumeliso, (eo malebana le eena le ileng la amohela litaelo tsa hore le mo amohele+ haeba a tla ho lōna,) 11 le Jesu ea bitsoang Justase, bana e le ba ba bolotseng. Bana ke bona feela basebetsi-’moho le ’na bakeng sa ’muso oa Molimo, ’me ba fetohile thuso e matlafatsang ho ’na. 12 Epafrase,+ ea tsoang har’a lōna, lekhoba la Kreste Jesu, o le romela litumeliso, kamehla a ikitlaetsa molemong oa lōna lithapelong tsa hae, e le hore qetellong le ka ema le feletse+ le ka kholiseho e tiileng thatong eohle ea Molimo. 13 Ka sebele kea mo pakela hore o etsa boiteko bo matla molemong oa lōna le oa ba leng Laodisia+ le oa ba leng Hierapolise.
14 Luka+ ngaka e ratoang o le romela litumeliso, le Demase+ o le romela litumeliso. 15 Ntumelisetseng barab’abo rōna ba leng Laodisia le ntumelisetse le Nimfa le phutheho e ntlong ea hae.+ 16 Ha lengolo lena le baliloe har’a lōna, le lokisetse hore le boele le baloe+ phuthehong ea Balaodisia le hore le lōna le bale le tsoang Laodisia. 17 Hape, u bolelle Arkipase:+ “U lule u lebetse bosebeletsi boo u ileng ua bo amohela Moreneng, hore u bo phethahatse.”
18 Tumeliso ea ka ke ena, ea Pauluse, ka letsoho la ka.+ Tsoelang pele le hopotse litlamo tsa ka tsa chankana.+ Mosa o sa tšoanelang o be le lōna.