Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • bi12 Tite 1:1-3:15
  • Tite

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tite
  • Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
Tite

Ho Tite

1 Pauluse, lekhoba+ la Molimo le moapostola+ oa Jesu Kreste ho ea ka tumelo ea bakhethoa+ ba Molimo le tsebo e nepahetseng+ ea ’nete+ e lumellanang le boinehelo+ ba bomolimo 2 motheong oa tšepo ea bophelo bo sa feleng+ boo Molimo, ea ke keng a bua leshano,+ a ileng a bo tšepisa pele ho linako tse tšoarellang halelele,+ 3 athe ka linako tsa hae tse loketseng o ile a bonahatsa lentsoe la hae boboleling bo ileng ba behoa tlhokomelong+ ea ka, tlas’a taelo ea Mopholosi oa rōna,+ Molimo; 4 ho Tite, ngoana+ oa ’nete ho ea ka tumelo e kopanetsoeng ke bohle:

E se eka ho ka ba le mosa o sa tšoanelang le khotso e tsoang ho Molimo Ntate+ le Kreste Jesu Mopholosi oa rōna.+

5 Ke ka lebaka lena ke ileng ka u siea Kreta,+ e le hore u ka lokisa lintho tse neng li e-na le moo li haelloang le hore u ka beha+ banna ba baholo motseng o mong ka mor’a o mong, joalokaha ke ile ka u fa litaelo;+ 6 haeba ho e-na le monna leha e le ofe eo ho seng seo a qosoang+ ka sona, monna oa mosali+ a le mong, ea nang le bana ba lumelang ba sa qosoeng ka ho inehella litakatso tsa nama kapa ho se laolehe.+ 7 Etsoe molebeli o lokela hore a se ke a ba le seo a qosoang+ ka sona joaloka motsamaisi+ oa tsa Molimo, e se ke ea e-ba ea ngangellang thato ea hae,+ e se ke ea e-ba ea ratang ho halefa,+ e se ke ea e-ba ea likomang tsa botahoa,+ e se ke ea e-ba ea otlang,+ e se ke ea e-ba ea meharo ea leruo la ho se tšepahale,+ 8 empa e be ea amohelang baeti,+ ea ratang molemo, ea hlaphohetsoeng kelellong,+ ea lokileng, ea tšepahalang,+ ea itšoarang,+ 9 ea tšoarellang ka tieo lentsoeng le tšepahalang mabapi le tsebo ea hae ea ho ruta,+ e le hore a ka khona ho eletsa ka thuto e phelisang hantle+ hammoho le ho khalemela+ ba hanyetsang.

10 Etsoe ho na le banna ba bangata ba sa laoleheng, babua-bui+ ba se nang molemo, le bathetsi ba kelello, haholo-holo banna ba khomarelang lebollo.+ 11 Hoa hlokahala ho koala melomo ea bana, kaha banna bana ba tsoela pele ba senya malapa+ a feletseng ka ho ruta lintho tseo ba sa tšoanelang ho li ruta ka lebaka la leruo la ho se tšepahale.+ 12 E mong oa bona, moprofeta oa bona, o ile a re: “Bakreta kamehla ba leshano, ke libata tse kotsi,+ menyollo e hlokang mosebetsi.”

13 Bopaki bona ke ’nete. Ka lebaka lena u ’ne u ba khalemele ka tieo,+ e le hore ba ka phela hantle+ tumelong, 14 ba sa ele hloko litšōmo+ tsa Bajuda le litaelo tsa banna+ ba iphurallisang ’nete.+ 15 Lintho tsohle li hloekile ho batho ba hloekileng.+ Empa ho batho ba silafetseng+ le ba se nang tumelo+ ha ho letho le hloekileng, empa likelello tsa bona hammoho le matsoalo+ a bona a silafetse. 16 Ba bolela phatlalatsa hore ba tseba Molimo,+ empa ba mo latola ka mesebetsi ea bona,+ hobane ba manyala ’me ha ba mamele ’me ha ba amohelehe+ bakeng sa mosebetsi o molemo oa mofuta leha e le ofe.

2 Leha ho le joalo, uena u ’ne u bue lintho tse loketseng bakeng sa thuto e phelisang hantle.+ 2 Banna ba hōlileng+ e ke e be ba itekanetseng mekhoeng, ba nkang lintho ka botebo,+ ba hlaphohetsoeng likelellong, ba phelang hantle tumelong,+ leratong, mamellong.+ 3 Ka ho tšoanang basali ba hōlileng+ e ke e be ba nang le tlhompho ea borapeli boitšoarong, e se ke ea e-ba ba etselletsang,+ kapa makhoba a veine e ngata, e be mesuoe ea se molemo; 4 e le hore ba ka khutlisetsa basali ba bacha kelellong hore ba rate banna+ ba bona, ba rate bana+ ba bona, 5 e be ba hlaphohetsoeng kelellong, ba hloekileng,+ basebetsi malapeng, ba molemo, ba ipehang tlas’a+ banna ba bona, e le hore lentsoe la Molimo le se ke la nyefoloa.+

6 Ka ho tšoanang u ’ne u eletse banna ba bacha hore ba hlaphoheloe kelellong,+ 7 u iponahatse u le mohlala oa mesebetsi e metle linthong tsohle;+ u bontše ho se bole+ thutong+ ea hao, ho nka lintho ka botebo, 8 puo e phelisang e ke keng ea nyatsuoa;+ e le hore motho ea ka lehlakoreng le hanyetsang a ka soaba, a se na letho le lebe leo a ka le buang ka rōna.+ 9 Makhoba+ a ke a ipehe tlas’a beng ba ’ona linthong+ tsohle, ’me a ba khahlise, a sa arabise,+ 10 a sa utsoe,+ empa a bontša botšepehi bo molemo ka botlalo,+ e le hore a ka khabisa thuto ea Mopholosi+ oa rōna, Molimo, linthong tsohle.

11 Etsoe mosa o sa tšoanelang+ oa Molimo o tlisang poloko+ ho batho+ ba mefuta eohle o bonahalitsoe,+ 12 o re rupella ho hana ho hloka bomolimo+ le litakatso+ tsa lefatše le ho phela ka ho hlaphoheloa kelellong le ho loka le boinehelo ba bomolimo+ har’a tsamaiso ena ea hona joale ea lintho,+ 13 ha re ntse re letetse tšepo+ e thabisang le ponahalo e khanyang+ ea Molimo e moholo le ea Mopholosi oa rōna, Kreste Jesu, 14 ea ileng a inehela+ bakeng sa rōna e le hore a ka re lopolla+ tlōlong ea molao ea mofuta o mong le o mong le ho itlhoekisetsa+ sechaba seo ka ho khethehileng e leng sa hae,+ se chesehelang mesebetsi e metle.+

15 U ’ne u bue lintho tsena le ho eletsa le ho khalemela ka matla a feletseng a ho laela.+ Ho se ke ha e-ba le motho ea u nyelisang+ le ka mohla.

3 Tsoela pele ho ba hopotsa ho ipeha tlaase+ le ho mamela mebuso le balaoli joaloka babusi,+ ho lokela mosebetsi o mong le o mong o molemo,+ 2 ho se eo ba mo buang hampe, ho se rate ntoa,+ ho ba le kahlolo e molemo,+ ho bontša bonolo bohle ho batho bohle.+ 3 Etsoe le rōna re kile ra ba ba se nang kelello, ba sa mameleng, re khelosoa, re le makhoba a litakatso tse sa tšoaneng le menyaka e sa tšoaneng, re tsoela pele ka bobe le mohono, re nyonyeha, re hloeane.+

4 Leha ho le joalo, ha Mopholosi+ oa rōna Molimo a bonahatsa+ mosa+ le lerato bakeng sa motho, 5 e se ka lebaka la mesebetsi+ ea ho loka eo re neng re e entse,+ empa ho ea ka mohau+ oa hae, o ile a re pholosa ka ho hlatsoa+ ho ileng ha re tlisa bophelong+ le ka ho re etsa ba bacha ka moea o halalelang.+ 6 O ile a tšollela moea ona holim ’a rōna ka ho enneng ka Jesu Kreste Mopholosi oa rōna,+ 7 e le hore, ka mor’a hore ho boleloe hore re lokile+ ka lebaka la mosa o sa tšoanelang oa hae,+ re ka ba majalefa+ ho ea ka tšepo ea bophelo bo sa feleng.+

8 Polelo+ ena ea tšepahala, ’me malebana le lintho tsena ke lakatsa hore kamehla u bue lipolelo tse tiisoang ka matla, e le hore ba lumetseng Molimo ba ka boloka likelello tsa bona ho ntšetseng pele mesebetsi e metle.+ Lintho tsena li ntle ’me li molemo ho batho.

9 Empa u sesefe litsekisano+ tsa booatla le maloko+ le ho qabana+ le lintoa mabapi le Molao,+ kaha ha li ruise molemo ’me ke tsa lefeela. 10 Ha e le motho ea ntšetsang pele lequloana,+ u mo lahle+ ka mor’a keletso+ ea pele le ea bobeli; 11 u tsebe hore motho ea joalo o se a ntšitsoe tseleng hape o etsa sebe, ka hona oa ikahlola.+

12 Ha ke romela Artemase kapa Tykikase+ ho uena, u etse sohle se matleng a hao hore u tle ho ’na Nikopolise, kaha ke moo ke entseng qeto ea ho hlola mariha+ teng. 13 Ka hloko u fe Zenase, ea rutehileng Molaong, le Apolose lintho tse hlokahalang bakeng sa leeto la bona, e le hore ba se ke ba haelloa ke letho.+14 Empa batho ba habo rōna le bona ba ke ba ithute ho tsoela pele ka mesebetsi e metle e le hore ba hlokomele litlhoko tsa bona tse batlang tlhokomelo e potlakileng,+ e le hore e se ke ea e-ba ba sa beheng.+

15 Bohle ba nang le ’na ba u romela litumeliso.+ Ntumelisetse ba re ratang tumelong.

E se eka mosa o sa tšoanelang o ka ba le lōna kaofela.+

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela