Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • bi12 2 Timothea 1:1-4:22
  • 2 Timothea

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • 2 Timothea
  • Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
2 Timothea

La Bobeli ho Timothea

1 Pauluse, moapostola oa Kreste Jesu ka thato+ ea Molimo ho ea ka tšepiso ea bophelo+ bo leng bonngoeng le Kreste Jesu,+ 2 ho Timothea, ngoana+ ea ratoang:

E se eka ho ka ba le mosa o sa tšoanelang, mohau, khotso e tsoang ho Molimo Ntate le Kreste Jesu Morena oa rōna.+

3 Ke leboha Molimo, eo ke mo etsetsang tšebeletso e halalelang+ joalokaha baholo-holo+ ba ka ba ile ba etsa ’me e le ka letsoalo le hloekileng,+ hore ebe ha ho mohla ke phetsang ho u hopola lithapeling tsa ka,+ bosiu le motšehare 4 ke hlolohetsoe ho u bona,+ ha ke hopola meokho ea hao, e le hore nka tlala thabo. 5 Etsoe ke hopola tumelo+ e ho uena e se nang boikaketsi+ leha e le bofe, le e ileng ea lula pele ho nkhon ’ao Loise le ’m ’ao Eunise, empa eo ke kholisehileng hore le ho uena e teng.

6 Ka lebaka lena ke u hopotsa hore u fehle joaloka mollo+ mpho+ ea Molimo e ho uena ka peho ea matsoho a ka holim ’a hao.+ 7 Etsoe Molimo ha aa re fa moea oa bokoala,+ empa o re file moea oa matla+ le oa lerato le oa ho hlaphoheloa kelellong.+ 8 Ka hona u se ke ua hlajoa ke lihlong ka bopaki bo mabapi le Morena oa rōna,+ leha e le ka ’na motšoaruoa ka lebaka+ la hae, empa u be le karolo ho utloisoeng bohloko+ ke bobe bakeng sa litaba tse molemo ho ea ka matla a Molimo.+ 9 O ile a re pholosa+ ’me a re bitsa ka pitso+ e halalelang, eseng ka lebaka la mesebetsi+ ea rōna, empa ka lebaka la morero le mosa oa hae o sa tšoanelang. Re ile ra fuoa sena mabapi le Kreste Jesu pele ho linako tse tšoarellang halelele,+ 10 empa joale se totobalitsoe ka ho hlakileng ka ponahalo+ ea Mopholosi oa rōna, Kreste Jesu, ea felisitseng lefu+ ka ho feletseng empa a khantšitse leseli+ holim ’a bophelo+ le ho se bole+ ka litaba tse molemo,+ 11 tseo ke ileng ka behoa ’moleli le moapostola le mosuoe+ bakeng sa tsona.

12 Ka lebaka lena ke boetse ke utloisoa bohloko+ ke lintho tsena, empa ha ke lihlong.+ Etsoe ke tseba eo ke mo lumetseng, ’me ke kholisehile hore o khona ho lebela+ seo ke se behileng tlhokomelong ea hae ho fihlela ka letsatsi leo.+ 13 U ’ne u tšoare mohlala oa mantsoe a phelisang hantle+ ao u a utloileng ho ’na ka tumelo le lerato le mabapi le Kreste Jesu.+ 14 U lebele letlotlo+ lena le letle ka moea o halalelang o lulang ho rōna.+

15 U tseba sena, hore batho bohle seterekeng sa Asia+ ba mphuraletse.+ Figelase le Hermogenese ke ba palo eo. 16 E se eka Morena a ka neha ba ntlo ea Onesiforase+ mohau, hobane o ile a nkhatholla+ hangata, ’me ha aa ka a hlajoa ke lihlong ka lebaka la liketane tsa ka.+ 17 Ho fapana le hoo, ha a le Roma, o ile a mpatla ka khothalo a ba a mphumana.+ 18 E se eka Morena a ka mo neha hore a fumane mohau+ o tsoang ho Jehova ka letsatsi+ leo. Litšebeletso tsohle tseo a ileng a li etsa Efese u li tseba hantle haholo.

2 Ka hona, uena ngoan ’a ka,+ u ’ne u fumane matla+ moseng o sa tšoanelang+ o mabapi le Kreste Jesu, 2 ’me lintho tseo u ileng ua li utloa ho ’na ka tšehetso ea lipaki+ tse ngata, lintho tsena u li behe ho banna ba tšepahalang, bao, le bona, e tla ba ba tšoanelehang ka ho lekaneng ho ruta ba bang.+ 3 Joaloka lesole+ le khabane la Kreste Jesu u be le karolo ho utloisoeng bohloko ke bobe.+ 4 Ha ho monna ea sebeletsang e le lesole+ ea ikenyang likhoebong tsa bophelo,+ e le hore a ka fumana kamohelo ea ea mo ngolisitseng e le lesole. 5 Ho feta moo, haeba leha e le mang a kopanela tlhōlisanong esita le lipapaling,+ ha a roesoe moqhaka ntle leha a kopanetse tlhōlisanong ho ea ka melao. 6 Sehoai se sebetsang ka thata e tla ba sona sa pele ho jeng litholoana.+ 7 Kamehla nahana ka seo ke se buang; ka sebele Morena o tla u fa temoho+ linthong tsohle.

8 Hopola hore Jesu Kreste o ile a tsosoa bafung+ le hore e ne e le oa peō+ ea Davida, ho ea ka litaba tse molemo tseo ke li bolelang;+ 9 tseo mabapi le tsona ke utloisoang bohloko ke bobe ho fihlela litlamong+ tsa chankana joaloka moetsi oa bobe. Leha ho le joalo, lentsoe la Molimo ha lea tlangoa.+ 10 Ka lebaka lena ke tsoela pele ho mamella lintho tsohle ka lebaka la bakhethoa,+ e le hore le bona ba ka fumana poloko e bonngoeng le Kreste Jesu hammoho le khanya e sa feleng.+ 11 Polelo+ ena ea tšepahala: Ka sebele haeba re ile ra shoa hammoho, re tla boela re phele hammoho;+ 12 haeba re tsoela pele ho mamella, re tla boela re buse hammoho re le marena;+ haeba re latola,+ le eena o tla re latola; 13 haeba re sa tšepahale, o lula a tšepahala,+ kaha a ke ke a itatola.

14 U ’ne u ba hopotse+ lintho tsena, u ba laele+ ka pel’a Molimo e le paki,+ hore ba se ke ba loana ka mantsoe,+ ntho e se nang thuso ho hang hobane e ferekanya ba mametseng. 15 Etsa sohle se matleng a hao ho itlhahisa u amoheleha+ ho Molimo, mosebetsi+ eo ho seng letho leo a ka hlajoang ke lihlong ka lona,+ ea tšoarang lentsoe la ’nete ka nepo.+ 16 Empa u sesefe lipuo tsa lefeela tse silafatsang se halalelang;+ etsoe ba tla tsoela pele ba ea ho hlokeng bomolimo+ ho ntseng ho eketseha, 17 ’me lentsoe la bona le tla nama joaloka seso se kekang.+ Hymenea le Filetase ke ba palo+ eo. 18 Banna bana ba khelohile ’neteng,+ ba re tsoho e se e etsahetse;+ ’me ba senya tumelo ea ba bang.+ 19 Leha ho le joalo, motheo o tiileng oa Molimo o lutse o eme,+ o e-na le tiiso ena: “Jehova o tseba ba hae,”+ hape: “E mong le e mong ea bitsang lebitso la Jehova+ a ke a hlobohe ho se loke.”+

20 Joale ka tlung e khōlō ha ho na lijana tsa khauta le silevera feela empa hape ho na le lijana tsa lehong le letsopa, le tse ling bakeng sa morero o hlomphehang empa tse ling bakeng sa morero o haelloang ke tlhompho.+ 21 Ka hona, haeba leha e le mang a lulella hōle le tse haelloang ke tlhompho, e tla ba sejana bakeng sa morero o hlomphehang, se halalelitsoeng, se nang le thuso ho mong’a sona, se lokiselitsoeng mosebetsi o mong le o mong o molemo.+ 22 Kahoo, u balehele litakatso tsa tlhaho tsa bocha,+ empa u phehelle ho loka,+ tumelo, lerato, khotso,+ hammoho le ba ipiletsang ho Morena ho tsoa pelong+ e hloekileng.

23 Ho ekelletsa moo, u hane litsekisano+ tsa booatla le tse hlokang tsebo, u tseba hore li hlahisa lintoa.+ 24 Empa lekhoba la Morena ha ho hlokahale hore le loane,+ empa ho hlokahala hore le be bonolo ho bohle,+ le tšoanelehele ho ruta,+ le lule le ithibile bobeng,+ 25 le rupele ka bonolo ba ratang+ ho hanyetsa; kaha mohlomong Molimo a ka ba fa pako+ e isang tsebong e nepahetseng ea ’nete,+ 26 ’me ba ka ’na ba boela ba hlaphoheloa hantle likelellong ho tsoa lerabeng+ la Diabolose, kaha ba tšoasitsoe ke eena ba phela+ bakeng sa thato ea hae.

3 Empa tseba sena, hore matsatsing+ a ho qetela ho tla ba le linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.+ 2 Etsoe batho e tla ba baithati, ba ratang chelete, ba ikhopolang ho tlōla, ba ikhohomosang, banyefoli, ba sa mameleng batsoali,+ ba se nang teboho, ba sa tšepahaleng,+ 3 ba se nang lerato la tlhaho,+ ba sa bulehelang tumellano leha e le efe,+ baetselletsi,+ ba hlokang boitšoaro, ba bohale bo tšosang,+ ba hlokang lerato la se molemo,+ 4 baeki,+ ba hlooho li thata, ba ikhohomosang ka boikakaso,+ ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo,+ 5 ba nang le ponahalo ea boinehelo ba bomolimo+ empa ba se na ’nete matleng+ a bona; ’me bana u ba furalle.+ 6 Etsoe ho bana ho hlaha banna bao ka bolotsana ba phunyeletsang ho kena ka matlung+ ’me ba etelle pele e le baholehuoa ba bona basali ba fokolang ba imetsoeng ke libe, ba tataisoang ke litakatso+ tse sa tšoaneng, 7 ba ithutang kamehla leha ho le joalo ho se mohla ba khonang ho fihla tsebong e nepahetseng ea ’nete.+

8 Joale ka tsela eo Janese le Jambrese+ ba ileng ba hanyetsa Moshe ka eona, kahoo bana le bona ba tsoela pele ho hanyetsa ’nete,+ banna ba bolileng ka ho feletseng kelellong,+ ba sa amoheleheng mabapi le tumelo.+ 9 Leha ho le joalo, ba ke ke ba etsa khatelo-pele e eketsehileng, kaha bohlanya ba bona bo tla hlaka haholo ho bohle, esita le joalokaha bohlanya ba banna bao ba babeli bo ile ba hlaka haholo.+ 10 Empa u latetse haufi-ufi thuto ea ka, tsela ea ka ea bophelo,+ morero oa ka, tumelo ea ka, tiisetso ea ka, lerato la ka, mamello ea ka, 11 mahloriso a ka, litlhokofatso tsa ka, mofuta oa lintho tse ileng tsa nketsahalla Antioke,+ Ikoniamo,+ Lystra,+ mofuta oa mahloriso ao ke a mameletseng; leha ho le joalo Morena o ile a ntopolla ho tsona kaofela.+ 12 Ha e le hantle, bohle ba lakatsang ho phela ka boinehelo ba bomolimo kamanong le Kreste Jesu le bona ba tla hlorisoa.+ 13 Empa batho ba khopo le baikhakanyi ba tla tsoela pele ho tloha bobeng ho ea bobeng bo fetisisang, ba khelosa ebile ba ntse ba khelosoa.+

14 Leha ho le joalo, uena, u tsoele pele linthong tseo u ileng ua ithuta tsona le tseo u ileng ua susumelletsoa hore u li lumele,+ u tseba hore na u ile ua ithuta tsona ho batho bafe+ 15 le hore ho tloha boseeng+ u tsebile lingoliloeng tse halalelang, tse khonang ho u hlalefisetsa poloko+ ka tumelo mabapi le Kreste Jesu.+ 16 Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo+ ’me le molemo bakeng sa ho ruta,+ bakeng sa ho khalemela,+ bakeng sa ho otlolla lintho,+ bakeng sa ho laea+ ka ho loka, 17 e le hore motho oa Molimo a ka tšoaneleha ka botlalo,+ a hlomelloa ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi+ o mong le o mong o molemo.

4 Ke u laela ka tieo ka pel’a Molimo le Kreste Jesu, ea reretsoeng ho ahlola+ ba phelang le bafu,+ le ka ponahalo+ ea hae le ’muso+ oa hae, 2 u bolele lentsoe,+ u be ho lona ka ho phehella nakong+ e tšoanelang, nakong+ e likhathatso, u khalemele,+ u nyatse ka matla, u eletse, ka tiisetso+ eohle le tsebo ea ho ruta. 3 Etsoe ho tla ba le nako ea ha ba sa tl’o mamella thuto e phelisang hantle,+ empa, tumellanong le litakatso tsa bona, ba tla ipokellela mesuoe hore litsebe tsa bona li tsikinyetsoe;+ 4 ’me ba tla retelletsa litsebe tsa bona hōle le ’nete, athe ba tla khelosetsoa lipaleng+ tsa bohata. 5 Leha ho le joalo, uena u lule u hlaphohetsoe kelellong+ linthong tsohle, u utloisoe bohloko ke bobe,+ u etse mosebetsi oa moevangeli,+ u phethe bosebeletsi+ ba hao ka botlalo.

6 Etsoe ke se ke ntse ke tšolloa joaloka nyehelo ea seno,+ ’me nako e loketseng ea ho lokolloa+ ha ka e haufi. 7 Ke loanne ntoa+ e ntle, ke mathile tseleng ea peiso ho fihlela qetellong,+ ke bolokile tumelo.+ 8 Ho tloha nakong ena ho ea pele ke boloketsoe moqhaka oa ho loka,+ oo Morena, moahloli+ ea lokileng, a tla ’neha oona e le moputso+ ka letsatsi leo,+ empa leha ho le joalo eseng ’na feela, empa le bohle ba ratileng ponahalo ea hae.

9 Etsa sohle se matleng a hao hore u tle ho ’na haufinyane.+ 10 Etsoe Demase+ o mphuraletse kahobane o ile a rata tsamaiso+ ea lintho ea hona joale, ’me o ile Thesalonika; Kresense o ile Galatia,+ Tite o ile Dalmatia. 11 Luka a le mong ke eena ea nang le ’na. Nka Mareka ’me u tle le eena, kaha o na le thuso+ ho ’na bakeng sa ho sebeletsa. 12 Empa ke rometse Tykikase+ Efese. 13 Ha u tla, u tle le seaparo sa ka holimo seo ke ileng ka se siea Troase+ ho Karpase, le meqolo, haholo-holo matlalo a ho ngolla.

14 Alexandere+ setei sa koporo o nkentse hampe hangata—Jehova o tla mo buseletsa ho ea ka liketso+ tsa hae— 15 le uena u itebele khahlanong le eena, kaha o ile a hanyetsa mantsoe a rōna ho isa tekanyong e fetisisang.

16 Boitšireletsong ba ka ba pele ha ho ea ileng a tla ka lehlakoreng la ka, empa kaofela ba ile ba mphuralla+—e se eka ba ke ke ba ho balloa e le molato+— 17 empa Morena a ema haufi le ’na+ ’me a kenya matla ka ho ’na,+ e le hore ka ’na boboleli bo ka phethoa ka botlalo le hore lichaba tsohle li ka bo utloa;+ ke ile ka lopolloa molomong+ oa tau. 18 Morena o tla ntopolla mosebetsing+ o mong le o mong o khopo ’me o tla mpholosa bakeng sa ’muso+ oa hae oa leholimo. Ho eena e be khanya ka ho sa feleng le kamehla. Amen.

19 Ntumelisetse Priska+ le Akuila le ba ntlo ea Onesiforase.+

20 Erastase+ o ile a sala Korinthe,+ empa ke ile ka siea Trofimase+ a kula Miletase.+ 21 Etsa sohle se matleng a hao hore u fihle pele ho mariha.

Eubulase o u romela litumeliso, le Pudense le Linase le Claudia le barab’abo rōna bohle ba u romela litumeliso.

22 Morena a be le moea oo u o bontšang.+ Mosa oa hae o sa tšoanelang o be le lōna.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela