Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • bi12 Jakobo 1:1-5:20
  • Jakobo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jakobo
  • Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
Jakobo

Lengolo la Jakobo

1 Jakobo,+ lekhoba+ la Molimo le la Morena Jesu Kreste, ho meloko+ e leshome le metso e ’meli e hasa-hasaneng:+

Lumelang!

2 Ho nkeng e le thabo feela, barab’eso, ha le thulana le liteko+ tse sa tšoaneng, 3 joalokaha le hlile le tseba hore tšobotsi ena e lekiloeng ea tumelo ea lōna e hlahisa mamello.+ 4 Empa mamello mosebetsi oa eona e ke e be o feletseng, e le hore le ka ba ba feletseng+ le ba phethahetseng ka litsela tsohle, le sa haelloe ke letho.+

5 Kahoo, haeba mang kapa mang oa lōna a haelloa ke bohlale,+ a ’ne a kōpe Molimo,+ hobane o fana ka seatla se bulehileng ho bohle a bile a sa nyelise;+ ’me o tla bo fuoa.+ 6 Empa a ’ne a kōpe+ ka tumelo, a sa belaele ho hang,+ kaha ea belaelang o joaloka leqhubu la leoatle le khannoang ke moea+ le le fefoleloang koana le koana. 7 Ha e le hantle, motho eo a se ke a nahana hore o tla amohela letho ho Jehova;+ 8 ke motho ea hlōlehang ho etsa qeto,+ ea sa tsitsang+ litseleng tsohle tsa hae.

9 Empa mor’abo rōna ea ikokobelitseng a ke a thabe ka lebaka la ho phahamisoa+ ha hae, 10 ’me morui+ a ke a thabe ka lebaka la ho kokobetsoa ha hae, hobane o tla feta joaloka palesa ea semela.+ 11 Etsoe letsatsi le chaba ka mocheso oa lona o bataolang ’me le omeletsa semela, ’me palesa ea sona ea hlohloreha ebe botle ba ponahalo ea eona ea ka ntle boa senyeha. Kahoo, morui le eena o tla pona litseleng tsa hae tsa bophelo.+

12 Ho thaba motho ea ntseng a tsoela pele ho mamella teko,+ hobane ha e e-ba ea amohelehang o tla amohela moqhaka oa bophelo,+ oo [Jehova] a o tšepisitseng ba tsoelang pele ho mo rata.+ 13 Ha a le tlas’a teko,+ ho se ke ha e-ba le ea reng: “Ke ntse ke lekoa ke Molimo.” Etsoe Molimo a ke ke a lekoa ka lintho tse mpe kapa hona hore o leka leha e le mang ka tsona. 14 Empa e mong le e mong o lekoa ke ho huloa le ho ekoa ke takatso+ ea hae. 15 Joale takatso, ha e emere, e tsoala sebe;+ sebe, le sona, ha se phethehile, se hlahisa lefu.+

16 Barab’eso ba ratoang, le se ke la khelosoa.+ 17 Mpho+ e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng e tsoa holimo,+ kaha e theoha ho Ntate oa maseli+ a leholimo, ’me ho eena ha ho phetoho ea ho reteleha ha moriti.+ 18 Kahobane a ratile,+ o re hlahisitse ka lentsoe la ’nete,+ hore re be litholoana+ tse itseng tsa pele tsa libōpuoa tsa hae.

19 Tsebang sena, barab’eso ba ratoang. Motho e mong le e mong a potlakele ho utloa, a liehe ho bua,+ a liehe ho halefa;+ 20 kaha khalefo ea motho ha e hlahise ho loka+ ha Molimo. 21 Kahoo lahlang litšila tsohle le ntho eo e ngata haholo, bobe,+ ’me le amohele ka bonolo ho hlongoa ha lentsoe+ le khonang ho pholosa meea+ ea lōna.

22 Leha ho le joalo, le be baphethi ba lentsoe,+ eseng bautloi feela, le ithetsa ka monahano oa bohata.+ 23 Etsoe haeba leha e le mang e le moutloi oa lentsoe, ’me e se mophethi,+ o joaloka motho ea talimang sefahleho sa hae sa tlhaho ka seiponeng. 24 Kaha oa icheba, ebe oa tloha ’me kapele-pele o lebala hore na ke motho oa mofuta ofe. 25 Empa ea nyarelang ka molaong+ o phethahetseng oa tokoloho le ea phehellang ho oona, motho enoa, kahobane e se moutloi ea lebalang, empa e le moetsi oa mosebetsi,+ o tla thaba+ ho o etseng ha hae.

26 Haeba motho leha e le ofe a ipona eka ke morapeli+ ea khomaretseng molao leha ho le joalo a sa laole leleme+ la hae joalokaha eka ke ka tōmo, empa a tsoela pele ho thetsa pelo+ ea hae, mofuta oa borapeli oa motho enoa ke lefeela.+ 27 Mofuta oa borapeli o hloekileng+ le o sa silafalang+ ponong ea Molimo le Ntate oa rōna ke ona: ho hlokomela likhutsana+ le bahlolohali+ matšoenyehong+ a bona, le hore motho a ipoloke a se na letheba+ lefatšeng.+

2 Barab’eso, ha lea tšoara tumelo ea Morena oa rōna Jesu Kreste, khanya ea rōna,+ ka liketso tsa leeme,+ na ha ho joalo? 2 Etsoe, haeba motho ea nang le masale a khauta menoaneng ’me a apere liaparo tse ntle haholo a kena sebokeng+ sa lōna, empa motho oa mofutsana ea apereng liaparo tse litšila le eena a kena,+ 3 leha ho le joalo le talima ka kamohelo+ ea apereng liaparo tse ntle haholo ’me le re: “Uena lula setulong sena mona sebakeng se setle,” ’me le re ho mofutsana: “Uena u ’ne u eme joalo,” kapa le re: “Lula setulong sane tlas’a setuloana sa ka sa maoto,” 4 le khethollana ka lihlopha har’a lōna+ ’me le fetohile baahloli+ ba fanang ka liqeto tse khopo,+ na ha ho joalo?

5 Barab’eso ba ratoang, mamelang. Molimo o khethile mafutsana+ mabapi le lefatše hore e be a ruileng+ tumelong le majalefa a ’muso, oo a o tšepisitseng ba mo ratang,+ na ha ho joalo? 6 Leha ho le joalo, lōna le hlompholotse mofutsana. Ba ruileng baa le hatella,+ ’me ba le hulanyetsa ka pel’a makhotla+ a molao, na ha ho joalo? 7 Ba nyefola+ lebitso le letle leo le bitsitsoeng+ ka lona, na ha ho joalo? 8 Joale, haeba le itloaetsa ho phetha molao+ oa borena ho ea ka lengolo: “U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata,”+ le etsa hantle. 9 Empa haeba le tsoela pele ho bontša leeme,+ le etsa sebe, etsoe le khalemeloa ke molao+ le le batlōli.

10 Etsoe mang kapa mang ea bolokang Molao oohle empa a nka mohato o fosahetseng ntlheng e le ’ngoe, o fetohile motlōli khahlanong le tsona kaofela.+ 11 Etsoe ea ileng a re: “U se ke ua feba,”+ o ile a boela a re: “U se ke ua bolaea.”+ Joale, haeba u sa febe empa u bolaea, u fetohile motlōli oa molao. 12 Le ’ne le bue ka tsela e joalo ’me le ’ne le etse ka tsela e joalo joalokaha ho etsa ba tla ahloloa ke molao oa batho ba lokolohileng.+ 13 Etsoe ea sa bontšeng mohau o tla ahloloa ntle ho mohau.+ Mohau o thaba ka ho fetisisa ka tlhōlo ho feta kahlolo.

14 Barab’eso, ho na le molemo ofe haeba e mong a re o na le tumelo+ empa a se na mesebetsi?+ Tumelo eo e ke ke ea mo pholosa, na ha ho joalo?+ 15 Haeba mor’abo rōna kapa morali’abo rōna a le boemong ba tlhobolo ’me a haelloa ke lijo tse lekaneng letsatsi,+ 16 empa leha ho le joalo e mong ho lōna a re ho bona: “Tsamaeang ka khotso, le futhumale ’me le khore,” empa le sa ba fe tse hlokoang ke ’mele ea bona, ho na le molemo ofe?+ 17 Kahoo, tumelo, le eona, ha e se na mesebetsi,+ e shoele.

18 Leha ho le joalo, e mong o tla re: “U na le tumelo, ’me ’na ke na le mesebetsi. Mpontše tumelo ea hao kantle le mesebetsi, ’me ’na ke tla u bontša tumelo ea ka ka mesebetsi ea ka.”+ 19 U lumela hore ho na le Molimo a le mong, na ha ho joalo?+ U etsa hantle. Leha ho le joalo bademona baa lumela ’me baa thothomela.+ 20 Empa na u lakatsa ho tseba, Uena motho oa lefeela, hore tumelo kantle le mesebetsi ha e sebetse? 21 Na ha hoa ka ha boleloa hore ntat’a+ rōna Abrahama o lokile ka mesebetsi ka mor’a hore a nyehele mora oa hae Isaka aletareng?+ 22 Ua bona hore tumelo ea hae e ile ea sebetsa hammoho le mesebetsi ea hae ’me ka mesebetsi ea hae tumelo ea hae e ile ea etsoa e phethahetseng,+ 23 ’me lengolo le ile la phethahala le reng: “Abrahama o ile a beha tumelo ho Jehova, ’me a balloa hoo e le ho loka,”+ ’me a bitsoa “motsoalle+ oa Jehova.”

24 Lea bona hore motho ho tla boleloa hore o lokile+ ka mesebetsi,+ eseng ka tumelo feela.+ 25 Ka mokhoa o tšoanang na le eena Rahaba+ oa seotsoa ha hoa ka ha boleloa hore o lokile ka mesebetsi, ka mor’a hore a bontše manģosa kamohelo ea baeti le ho a ntša ka tsela e ’ngoe?+ 26 Ka sebele, joalokaha ’mele o se nang moea o shoele,+ kahoo le tumelo e se nang mesebetsi e shoele.+

3 Hase ba bangata ba lōna bao e lokelang ho ba mesuoe,+ barab’eso, ka ho tseba hore re tla amohela kahlolo+ e boima haholo. 2 Etsoe kaofela re khoptjoa hangata.+ Haeba leha e le mang a sa khoptjoe lentsoeng,+ enoa ke monna+ ea phethahetseng, ea khonang ho laola le ’mele oohle oa hae joalokaha eka ke ka tōmo. 3 Haeba re kenya litōmo+ melomong ea lipere e le hore li re mamele,+ re khona ho tsamaisa le ’mele eohle ea tsona.4 Bonang! Esita le likepe, le hoja li le khōlō hakana ’me li khannoa ke meea e matla, li tsamaisoa ka lesokoana le lenyenyane haholo+ ho ea moo motsamaisi oa sona a lakatsang hore se ee teng.

5 Kahoo, hape, leleme ke setho se senyenyane leha ho le joalo le ithorisa+ haholo. Bonang! Ho hlokahala mollo o monyenyane hakaakang ho chesa moru o moholo haholo! 6 Ha e le hantle, leleme ke mollo.+ Leleme ke lefatše le sa lokang har’a litho tsa rōna, kaha le silafatsa ’mele+ oohle ’me le hotetsa lebili la bophelo ba tlhaho ’me le hotetsoa ke Gehena. 7 Etsoe sebata sa mofuta o mong le o mong hammoho le nonyana le sehahabi le sebōpuoa sa leoatle se tla thapisoa ’me se ’nile sa thapisoa ke moloko oa batho.+ 8 Empa leleme, ha ho le ea mong oa moloko oa batho ea ka le thapisang. Ke ntho e sa laoleheng e kotsi, le tletse chefo e bolaeang.+ 9 Ka lona re boka Jehova,+ Ntate,+ leha ho le joalo ka lona re rohaka+ batho ba bileng teng ka “setšoantšo sa Molimo.”+ 10 Molomong o tšoanang ho tsoa poko le thohako.

Barab’eso, ha hoa tšoanela hore lintho tsena li tsoele pele ho etsahala ka tsela ena.+ 11 Seliba+ ha se etse hore se monate le se babang se tšikhunye sekoting se tšoanang, na ha ho joalo? 12 Barab’eso, sefate sa feiga se ke ke sa hlahisa mehloaare kapa sefate sa morara sa hlahisa lifeiga, na ha ho joalo?+ Le metsi a letsoai a ke ke a hlahisa metsi a monate.

13 Ke mang ea bohlale le ea utloisisang har’a lōna? A ke a bontše mesebetsi+ ea hae ka boitšoaro ba hae bo botle ka bonolo bo tsamaisanang le bohlale. 14 Empa haeba le e-na le poulelo+ e feteletseng le ho rata likhang+ ka lipelong tsa lōna, le se ke la ithorisa+ le ho bua leshano khahlanong le ’nete.+ 15 Bona hase bohlale bo theohang holimo,+ empa ke ba lefatše,+ ba bophoofolo, ba bodemona.+ 16 Etsoe moo poulelo+ le ho rata likhang li leng teng, ke moo ho hloka taolo le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e mpe li leng teng.+

17 Empa bohlale+ bo tsoang holimo pele ho tsohle bo hloekile,+ hape bo na le khotso,+ kahlolo e molemo,+ bo itokiselitse ho mamela, bo tletse mohau le litholoana tse molemo,+ ha bo khetholle ka leeme,+ ha bo na boikaketsi.+ 18 Ho feta moo, litholoana+ tsa ho loka+ peō ea tsona e jaloa tlas’a maemo a khotso+ bakeng sa ba etsang khotso.+

4 Lintoa li tsoa mohloling ofe ’me litsekisano li tsoa mohloling ofe har’a lōna? Na ha li tsoe mohloling+ ona, e leng, litakatsong tsa lōna tsa menyaka ea nama tse loantšanang lithong tsa lōna?+ 2 Lea lakatsa, leha ho le joalo ha le na letho. Le tsoela pele ho bolaea+ le ho chacheha ka mohono,+ leha ho le joalo ha le khone ho fumana. Le tsoela pele ho tsekisana+ le ho loana. Ha le na letho ka lebaka la hore ha le kōpe. 3 Lea kōpa, leha ho le joalo ha le amohele, hobane le kōpa bakeng sa morero+ o fosahetseng, e le hore le ka se sebelisa litakatsong tsa lōna tsa menyaka ea nama.+

4 Basali ba bafebi,+ na ha le tsebe hore setsoalle le lefatše ke bora ho Molimo?+ Ka hona, mang kapa mang ea batlang ho ba motsoalle+ oa lefatše o iketsa sera sa Molimo.+ 5 Kapa na ho lōna ho bonahala eka lengolo le re ntle ho morero: “Moea+ o lutseng ho rōna o ntse o hloloheloa ka tšekamelo ea ho ba mohono”? 6 Leha ho le joalo, mosa o sa tšoanelang oo a fanang ka oona o moholo.+ Kahoo le re: “Molimo o hanyetsa ba ikhohomosang,+ empa o fana ka mosa o sa tšoanelang ho ba ikokobetsang.”+

7 Ka hona, ipeheng+ tlas’a Molimo; empa le hanyetse Diabolose,+ ’me o tla le balehela.+ 8 Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.+ Hloekisang matsoho a lōna, lōna baetsalibe,+ ’me le hloekise lipelo+ tsa lōna, lōna ba hlōlehang ho etsa qeto.+ 9 Hlomohang lipelo ’me le siame le be le lle.+ Litšeho tsa lōna li ke li fetohe ho siama, ’me thabo ea lōna e fetohe ho nyahama.+ 10 Ikokobetseng mahlong a Jehova,+ ’me o tla le phahamisa.+

11 Barab’eso, khaotsang ho buana hampe.+ Ea buang mor’abo hampe kapa ea ahlolang+ mor’abo o bua molao hampe ’me o ahlola molao. Joale haeba u ahlola molao, ha u mophethi oa molao, empa u moahloli.+ 12 O Mong eo e leng mofani oa molao le moahloli,+ ea khonang ho pholosa le ho timetsa.+ Empa uena, u mang hore u ahlole moahelani oa hao?+

13 Joale, mamelang lōna ba reng: “Kajeno kapa hosasane re tla ea motseng ona ’me re tla qeta selemo moo, ’me re tla kena khoebong le ho etsa phaello,”+ 14 athe ha le tsebe hore na bophelo ba lōna bo tla ba joang hosasane.+ Etsoe le moholi o bonahalang ka nakoana o ntan’o nyamela.+ 15 Ho e-na le hoo, le tšoanela ho re: “Haeba Jehova a rata,+ re tla phela ’me re etse sena kapa sane.”+ 16 Empa joale le motlotlo ka boithoriso ba lōna ba ho ikhopola ho tlōla.+ Ho ba motlotlo hohle ho joalo ho khopo. 17 Ka hona, haeba motho a tseba ho etsa se nepahetseng leha ho le joalo a sa se etse,+ o etsa sebe.+

5 Joale, mamelang lōna batho ba ruileng,+ le lle, le bokolle ka lebaka la bosōtō ba lōna bo le tlelang.+ 2 Maruo a lōna a bolile, ’me liaparo tsa lōna tsa ka ntle li jeloe ke tšoèlè.+ 3 Khauta le silevera ea lōna e jeloe ke mafome, ’me mafome a eona a tla ba joaloka bopaki khahlanong le lōna ’me a tla ja linama tsa lōna. Le bolokile+ ho hong ho kang mollo+ matsatsing a ho qetela.+ 4 Bonang! Moputso o loketseng basebetsi ba kotutseng masimo a lōna empa oo le o tšoereng,+ o ntse o hoeletsa,+ ’me mehoo ea bakotuli e kōpang thuso+ e kene litsebeng+ tsa Jehova oa mabotho. 5 Le phetse menonong holim ’a lefatše ’me le keneletse menyakeng ea nama.+ Le nontšitse lipelo tsa lōna letsatsing la polao.+ 6 Le nyatsitse, le bolaile ea lokileng. Na ha a le hanyetse?+

7 Ka hona, le se ke la fela pelo, barab’eso, ho fihlela ho beng teng+ ha Morena. Bonang! Sehoai se lula se letetse litholoana tsa bohlokoa tsa lefatše, ha se fele pelo mabapi le tsona ho fihlela se fumana pula ea pele le pula+ ea morao. 8 Le lōna le se ke la fela pelo;+ tiisang lipelo tsa lōna, hobane ho ba teng ha Morena ho atametse.+

9 Barab’eso, e mong a se ke a fehelloa e mong ka matla, e le hore le se ke la ahloloa.+ Bonang! Moahloli o eme ka pel’a menyako.+ 10 Barab’eso, nkang baprofeta+ ba ileng ba bua ka lebitso la Jehova+ e le mohlala+ oa ho utloisoa bohloko ke bobe+ le ho se fele pelo.+ 11 Bonang! Re phatlalatsa hore ba mameletseng+ ba thabile. Le utloile ka mamello ea Jobo+ ’me le bone phello eo Jehova a ileng a fana+ ka eona, hore Jehova o na le lerato le mofuthu haholo ’me o mohau.+

12 Leha ho le joalo, ka holim ’a lintho tsohle, barab’eso, le khaotse ho hlapanya, e, ebang ke ka leholimo kapa ka lefatše kapa ka kano+ leha e le efe e ’ngoe. Empa E ea lōna e ke e bolele E, ’me Che ea lōna, Che, e le hore le se ke la oela tlas’a kahlolo.+

13 Na ho na le mang kapa mang ea utloisoang bohloko ke bobe har’a lōna? A ke a tsoele pele ho rapela.+ Na ho na le mang kapa mang ea nyakaletseng? A ke a bine lipesaleme.+ 14 Na ho na le mang kapa mang ea kulang har’a lōna?+ A ke a bitsetse banna ba baholo+ ba phutheho ho eena, ’me ba mo rapelle, ba mo tlotse ka oli+ ka lebitso la Jehova. 15 Thapelo ea tumelo e tla etsa hore ea sa ikutloeng hantle a fole,+ ’me Jehova o tla mo tsosa.+ Hape, haeba a entse libe, o tla tšoareloa.+

16 Ka hona bolellanang+ libe tsa lōna pepenene ’me le rapellane, e le hore le ka fola.+ Thapeli ea motho ea lokileng, ha e sebetsa, e na le matla a maholo.+ 17 Elia e ne e le motho ea nang le maikutlo a joaloka a rōna,+ leha ho le joalo thapelong o ile a rapella hore pula e se ke ea na;+ ’me ha ea ka ea na naheng eo ka lilemo tse tharo le likhoeli tse tšeletseng. 18 O ile a rapela hape, ’me leholimo la fana ka pula ’me naha ea beha litholoana+ tsa eona.

19 Barab’eso, haeba leha e le mang har’a lōna a khelosoa ’neteng ’me e mong a mo khutlisa,+ 20 le tsebe hore ea khutlisang moetsalibe phosong+ ea tsela ea hae o tla pholosa moea oa hae lefung+ ’me o tla koahela libe tse ngata haholo.+

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela