Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • bi12 Baheberu 1:1-13:25
  • Baheberu

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Baheberu
  • Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
Baheberu

Ho Baheberu

1 Molimo, eo khale a ileng a bua ka makhetlo+ a mangata le ka litsela tse ngata le baholo-holo ba rōna ka baprofeta,+ 2 bofelong ba matsatsi+ ana o buile le rōna ka Mora,+ eo a ileng a mo beha hore e be mojalefa oa lintho tsohle,+ le eo ka eena a ileng a etsa+ litsamaiso tsa lintho. 3 Ke ponahatso ea khanya+ ea hae le setšoantšo se nepahetseng hantle sa boleng+ ba hae, ’me o boloka lintho tsohle ka lentsoe la matla+ a hae; ka mor’a hore a etse tlhoekiso bakeng sa libe+ tsa rōna o ile a lula ka letsohong le letona+ la Ea Boholo bo Hlomphehang libakeng tse phahameng.+ 4 Kahoo o fetohile ea molemo ho feta mangeloi,+ ho isa tekanyong eo ho eona a ruileng lebitso+ le khabane ho feta a ’ona.

5 Ka mohlala, ke ho lefe la mangeloi a kileng a re: “U mora oa ka; ’na, kajeno, ke bile ntat’ao”?+ Hape: “Ke tla ba ntat’ae, ’me e tla ba mora oa ka”?+ 6 Empa ha a boetse a tlisa Letsibolo+ la hae lefatšeng leo ho ahiloeng ho lona, o re: “Mangeloi+ ’ohle a Molimo a ke a le inamele.”+

7 Hape, mabapi le mangeloi o re: “O etsa mangeloi a hae meea, le bahlanka ba hae ba sechaba o ba etsa lelakabe la mollo.”+ 8 Empa mabapi le Mora o re: “Molimo ke terone ea hao ka ho sa feleng+ le kamehla, ’me lere la borena la ’muso+ oa hao ke lere la borena la ho loka.+ 9 U ratile ho loka, ’me u hloile tlōlo ea molao. Ke ka lebaka leo Molimo, Molimo oa hao, a u tlotsitseng+ ka oli ea thabo e khaphatsehang ho feta balekane+ ba hao.” 10 Hape o re: “Morena, tšimolohong u ile ua rala metheo ea lefatše, ’me maholimo ke mesebetsi ea matsoho a hao.+ 11 Li tla timela, empa u tla ’ne u be teng ka ho tsoelang pele; feela joaloka seaparo+ sa ka ntle li tla tsofala kaofela, 12 ’me u tla li phutha feela joaloka seaparo sa ka holimo,+ joaloka seaparo sa ka ntle; li tla fetoha, empa uena u ea tšoanang, ’me lilemo tsa hao li ke ke tsa fela+ le ka mohla.”

13 Empa ke mabapi le lefe la mangeloi a kileng a re: “Lula ka letsohong la ka le letona, ho fihlela ke beha lira tsa hao joaloka setuloana sa maoto+ a hao”? 14 Na kaofela hase meea+ bakeng sa tšebeletso ea sechaba,+ e rometsoeng ho sebeletsa ba tla rua+ poloko?

2 Ke ka lebaka leo ho hlokahalang hore re ele hloko ka tsela e fetang e tloaelehileng lintho tseo re ileng ra li utloa,+ e le hore le ka mohla re se ke ra hoholeha.+ 2 Etsoe haeba lentsoe le builoeng ka mangeloi+ e bile le tiileng, ’me tlōlo e ’ngoe le e ’ngoe le ketso e ’ngoe le e ’ngoe ea ho se mamele e ile ea amohela tefetso tumellanong le toka;+ 3 re tla phonyoha+ joang haeba re hlokomolohile+ poloko ea boholo+ bo bokaalo ka hore ho ile ha qala ho buuoa ka eona ka Morena+ oa rōna ’me ra e netefaletsoa+ ke ba ileng ba mo utloa, 4 ha Molimo a kopanela ho pakeng ka lipontšo hammoho le limakatso le mesebetsi+ e sa tšoaneng e matla le ka likabo+ tsa moea o halalelang ho ea ka thato+ ea hae?

5 Etsoe ha aa beha tlas’a mangeloi lefatše leo ho ahiloeng ho lona le tlang ho tla,+ leo re buang ka lona. 6 Empa paki e itseng e fane ka bopaki kae-kae, ha e re: “Motho ke’ng hore u ’ne u mo hopole,+ kapa mora oa motho ke’ng hore u mo hlokomele?+ 7 U ile ua mo etsa ea ka tlaasana ho mangeloi; ua mo roesa moqhaka oa khanya le tlhompho,+ ’me ua mo beha hore a okamele mesebetsi ea matsoho+ a hao. 8 U ile ua beha lintho tsohle ka tlas’a maoto+ a hae.” Etsoe ka hore o ile a beha lintho tsohle ka tlas’a hae+ Molimo ha aa ka a tlohela letho le seng tlas’a+ hae. Leha ho le joalo, hona joale, re sa ntse re e-s’o bone lintho tsohle tse behiloeng tlas’a hae;+ 9 empa re bona Jesu, ea entsoeng ea ka tlaasana ho mangeloi,+ a roesitsoe moqhaka oa khanya+ le tlhompho ka lebaka la hore o ile a utloisoa bohloko ke lefu,+ e le hore ka mosa o sa tšoanelang oa Molimo a ka latsoa lefu bakeng sa motho+ e mong le e mong.

10 Etsoe ho ne ho loketse hore eo ka lebaka la hae lintho tsohle li leng teng+ le eo ka eena lintho tsohle li leng teng, ha a tlisa bara ba bangata khanyeng,+ a etse hore Moemeli ea ka Sehloohong+ oa poloko ea bona e be ea phethahetseng ka litlhokofatso.+ 11 Etsoe ea halaletsang le ba ntseng ba halaletsoa+ kaofela ba tsoa ho a le mong,+ ’me ka lebaka lena ha a lihlong ho ba bitsa “barab’eso,”+ 12 ha a re: “Ke tla bolela lebitso la hao ho barab’eso; ke tla u rorisa ka pina+ har’a phutheho.” 13 Hape o re: “Ke tla ba le tšepo ho eena.”+ Hape o re: “Bonang! ’Na le bana ba banyenyane, bao Jehova a mphileng bona.”+

14 Ka hona, kaha “bana ba banyenyane” ke ba nang le karolo maling le nameng, le eena ka ho tšoanang o ile a ba le kabelo linthong tse tšoanang,+ e le hore ka lefu+ la hae a ka etsa lefeela+ ea nang le mokhoa oa ho baka lefu,+ ke hore, Diabolose;+ 15 le hore a ka lokolla+ bohle bao ka ho tšaba lefu+ ba neng ba le tlas’a bokhoba bophelong+ bohle ba bona. 16 Etsoe ka sebele ho hang ha a thuse mangeloi, empa o thusa peō+ ea Abrahama. 17 Ka lebaka leo o ile a tlameha ho ba joaloka “barab’abo” ka litsela+ tsohle, e le hore e ka ba moprista ea phahameng ea mohau le ea tšepahalang linthong tse amanang le Molimo,+ e le hore a nyehele sehlabelo sa poelano+ bakeng sa libe tsa batho.+ 18 Etsoe ka hore o utloile bohloko ha a ntse a lekoa,+ o khona ho phallela ba ntseng ba lekoa.+

3 Ka lebaka leo, barab’eso ba halalelang, ba nang le kabelo pitsong+ ea leholimo, le nahane ka moapostola+ le moprista ea phahameng eo re bolelang hore re na le tumelo ho eena+—Jesu. 2 O ile a tšepahala+ ho Ea ileng a mo etsa ea joalo, joalokaha Moshe+ le eena a ile a tšepahala ka tlung eohle ea Eo.+ 3 Etsoe Jesu o nkoa a tšoaneloa ke khanya+ e fetang ea Moshe, feela joalokaha ea+ hahang ntlo+ a e-na le tlhompho e fetang ea eona. 4 Ka ho hlakileng, ntlo e ’ngoe le e ’ngoe e hahoa ke motho ea itseng, empa ea hahileng lintho tsohle ke Molimo.+ 5 Moshe e le mohlanka+ o ile a tšepahala ka tlung eohle ea Eo e le bopaki ba lintho tse neng li tla buuoa hamorao,+ 6 empa Kreste o ile a tšepahala e le Mora+ holim ’a ntlo ea Eo. Re ntlo ea Eo,+ haeba re tiisa ho tšoarella ha rōna ka tieo ho bueng ha rōna ka bolokolohi le ho ithoriseng ha rōna ka tšepo ho isa bofelong.+

7 Ka lebaka lena, feela joalokaha moea o halalelang+ o re: “Kajeno haeba le mamela lentsoe+ la hae, 8 le se ke la thatafatsa lipelo tsa lōna joaloka ketsahalong ea ho baka bohale+ bo matla, joaloka letsatsing la ho nonya+ lefeelleng,+ 9 leo ka lona baholo-holo ba lōna ba ileng ba ’nonya ka teko, ’me leha ho le joalo ba ne ba bone mesebetsi+ ea ka ka lilemo tse mashome a mane.+ 10 Ka lebaka lena ke ile ka tenoa ke moloko ona eaba ke re, ‘Kamehla baa hlahlathela lipelong+ tsa bona, ’me ha ba tsebe litsela+ tsa ka.’ 11 Kahoo ke ile ka hlapanya bohaleng ba ka, ‘Ba ke ke ba kena+ phomolong ea ka.’”+

12 Hlokomelang, barab’eso, esere le ka mohla mang kapa mang oa lōna a ba le pelo e khopo e hlokang tumelo ka ho suthela hōle le Molimo ea phelang;+ 13 empa le ’ne le eletsane+ letsatsi ka leng, hafeela ho ka bitsoa hore ke “Kajeno,”+ esere leha e le mang oa lōna a ka thatafatsoa ke matla a thetsang+ a sebe. 14 Etsoe ka sebele re fetoha ba nang le kabelo ho Kreste+ haeba feela re tiisa ho tšoarella ha rōna ka tieo kholisehong eo re neng re e-na le eona tšimolohong ho isa bofelong,+ 15 ha ho sa ntse ho thoe: “Kajeno haeba le mamela lentsoe+ la hae, le se ke la thatafatsa lipelo tsa lōna joaloka ketsahalong ea ho baka bohale+ bo matla.”

16 Etsoe ke bo-mang ba ileng ba utloa ’me leha ho le joalo ba phepheletsa bohaleng+ bo matla? Ha e le hantle, na bohle ba ileng ba tsoa Egepeta tlas’a Moshe+ ha baa ka ba etsa joalo? 17 Ho feta moo, ke bo-mang bao Molimo a ileng a tenoa ke bona ka lilemo tse mashome a mane?+ Na ha aa ka a tenoa ke ba ileng ba etsa sebe, bao litopo tsa bona li ileng tsa oela lefeelleng?+ 18 Empa ke bo-mang bao a ileng a ba hlapanyetsa+ hore ba ne ba ke ke ba kena phomolong ea hae haese ba ileng ba etsa ka ho se mamele?+ 19 Kahoo rea bona hore ha baa ka ba kena ka lebaka la ho hloka tumelo.+

4 Ka hona, kaha ho siiloe tšepiso ea ho kena phomolong+ ea hae, a re tšabeng hore ka nako e ’ngoe e mong oa lōna a ka bonahala a haeletsoe ke eona.+ 2 Etsoe le rōna re boleletsoe litaba tse molemo,+ esita le joalokaha le bona ba ile ba li bolelloa;+ empa lentsoe le ileng la utluoa ha lea ka la ba tsoela molemo,+ hobane ba ne ba sa kopanngoa ke tumelo+ le ba hlileng ba utloa.+ 3 Etsoe rōna ba bontšitseng tumelo re hlile re kena phomolong eo, feela joalokaha a itse: “Kahoo ke ile ka hlapanya+ bohaleng ba ka, ‘Ba ke ke ba kena+ phomolong+ ea ka,’” le hoja mesebetsi ea hae e ile ea qetoa+ ho tloha ho thehoeng ha lefatše.+ 4 Etsoe sebakeng se seng o buile ka letsatsi la bosupa ka tsela e latelang: “Molimo o ile a phomola ka letsatsi la bosupa mesebetsing eohle ea hae,”+ 5 hape sebakeng sena o buile ka tsela e latelang: “Ba ke ke ba kena phomolong ea ka.”+

6 Ka hona, kaha ho setse hore ba bang ba kene ho eona, ’me bao litaba tse molemo+ li ileng tsa boleloa ho bona pele ha baa ka ba kena ka lebaka la ho se mamele,+ 7 o boetse o tšoaea letsatsi le itseng ka ho re ka mor’a nako e telele hakana pesalemeng ea Davida “Kajeno”; feela joalokaha ho boletsoe ka holimo: “Kajeno haeba le mamela lentsoe+ la hae, le se ke la thatafatsa lipelo+ tsa lōna.” 8 Etsoe haeba Joshua+ a ne a ba isitse sebakeng sa phomolo,+ ka mor’a moo Molimo a ka be a sa bua+ ka letsatsi le leng. 9 Kahoo ho setse phomolo ea sabatha bakeng sa batho ba Molimo.+ 10 Etsoe motho ea keneng phomolong+ ea Molimo le eena o phomotse mesebetsing ea hae,+ feela joalokaha Molimo a ile a phomola ho ea hae.

11 Ka hona a re etseng sohle se matleng a rōna ho kena phomolong eo, esere leha e le mang a oela mohlaleng o tšoanang oa ho se mamele.+ 12 Etsoe lentsoe+ la Molimo lea phela+ ’me le fana ka matla+ ’me le bohale ho feta sabole+ leha e le efe e sehang ka nģa tse peli ’me le phunyeletsa esita le ho ea fihla moo ho arohanang moea+ le boikutlo,+ le manonyello le moko oa ’ona, ’me le khona ho lemoha menahano le boikemisetso ba pelo.+ 13 Ha ho pōpo e sa bonahaleng mahlong+ a hae, empa lintho tsohle li hlobotse ’me li pepesitsoe phatlalatsa mahlong a eo re nang le boikarabello+ ho eena.

14 Ka hona, erekaha re e-na le moprista e moholo ea phahameng ea phollelitseng le maholimo,+ Jesu Mora oa Molimo,+ a re tšoarelleng ho boleleng tumelo ea rōna ho eena.+ 15 Etsoe moprista ea phahameng eo re nang le eena, hase ea ke keng a utloela+ mefokolo ea rōna bohloko, empa ke ea lekiloeng ka litsela tsohle joaloka rōna, empa a se na sebe.+ 16 Ka hona, a re atameleng+ ka bolokolohi ba puo+ teroneng ea mosa o sa tšoanelang, e le hore re ka fumana mohau le ho fumana mosa o sa tšoanelang bakeng sa thuso ka nako e nepahetseng.+

5 Etsoe moprista e mong le e mong ea phahameng ea nkoang har’a batho o behoa molemong oa batho hore a okamele lintho tse amanang le Molimo,+ e le hore a ka nyehela limpho le mahlabelo bakeng sa libe.+ 2 O khona ho sebetsana ka mokhoa o itekanetseng le ba hlokang tsebo le ba fosang kaha le eena o pota-potiloe ke bofokoli+ ba hae, 3 ’me ka lebaka la bona o tlameha ho etsa linyehelo bakeng sa libe tsa hae joalokaha a etsa bakeng sa libe tsa sechaba.+

4 Hape, motho o nka tlhompho ena, eseng ka ho rata+ ha hae, empa feela ha a bitsoa ke Molimo,+ feela joalokaha Arone+ le eena a ile a bitsoa. 5 Ka ho tšoanang Kreste ha aa ka a itlotlisa+ ka ho fetoha moprista+ ea phahameng, empa o ile a tlotlisoa+ ke ea ileng a bua mabapi le eena: “U mora oa ka; ’na, kajeno, ke bile ntat’ao.”+ 6 Feela joalokaha a boetse a re sebakeng se seng: “U moprista ka ho sa feleng ho ea ka mokhoa oa Melkizedeke.”+

7 Matsatsing a nama ea hae [Kreste] o ile a nyehela lithapeli le likōpo tse matla+ ho Ea neng a khona ho mo pholosa hore a tsoe lefung, ka mehoo e matla+ le meokho, ’me a utluoa ka mokhoa o amohelehang ka lebaka la tšabo+ ea hae ea bomolimo. 8 Le hoja e ne e le Mora, o ile a ithuta ho mamela linthong tseo a ileng a utloisoa bohloko+ ke tsona; 9 ’me ka mor’a hore a etsoe ea phethahetseng+ a fetoha ea ikarabellang bakeng sa poloko+ e sa feleng ho bohle ba mo mamelang,+ 10 hobane o bitsitsoe ke Molimo ka ho khetheha hore ke moprista ea phahameng ho ea ka mokhoa oa Melkizedeke.+

11 Malebana le eena re na le ho hongata hoo re ka ho buang le ho leng thata ho hlalosoa, kaha le fetohile ba thotofetseng ho utloeng+ ha lōna. 12 Etsoe, ka sebele, le hoja le tšoanetse hore ebe le mesuoe+ ka lebaka la nako, le boetse le hloka e mong hore a le rute ho tloha tšimolohong lintho tsa motheo+ tsa liphatlalatso tse halalelang tsa Molimo;+ le fetohile ba tšoanang le ba hlokang lebese, eseng lijo+ tse tiileng. 13 Etsoe e mong le e mong ea noang lebese ha aa tloaelana le lentsoe la ho loka, kaha ke ngoana.+ 14 Empa lijo tse tiileng ke tsa batho ba hōlileng ka ho feletseng, tsa bao ka tšebeliso, matla a bona a ho lemoha+ a koetliselitsoeng ho khetholla se nepahetseng le se fosahetseng.+

6 Ka lebaka lena, kaha joale re tlohetse thuto ea mathomo+ mabapi le Kreste,+ a re hateleng pele ka matla khōlong e feletseng,+ re sa behe motheo hape,+ e leng, pako mesebetsing+ e shoeleng, le tumelo ho Molimo,+ 2 thuto ea likolobetso+ le peho ea matsoho,+ tsoho ea bafu+ le kahlolo e sa feleng.+ 3 Hona re tla ho etsa, haeba Molimo a ho lumella.+

4 Etsoe ho ke ke ha khoneha mabapi le ba kileng ba behoa leseling+ hang le ka ho ke keng ha phetoa, le ba latsoitseng mpho+ e sa lefelloeng ea leholimo, le ba fetohileng ba nang le kabelo moeeng o halalelang,+ 5 le ba latsoitseng+ lentsoe le letle la Molimo le matla a tsamaiso ea lintho+ e tlang, 6 empa e le ba oeleng,+ ho ba tsosolosetsa hape pakong,+ hobane ba khokhothela Mora oa Molimo thupeng bocha ’me ba mo pepesetsa ho hlabisoa lihlong+ phatlalatsa. 7 Ka mohlala, mobu o noang pula e tlang hangata holim ’a oona, le oo joale o hlahisang limela tse loketseng bakeng sa bao o lengoang+ ka lebaka la bona, ka ho tšoanang o amohela tlhohonolofatso e tsoang ho Molimo. 8 Empa haeba o hlahisa meutloa le hlabahlabane, oa lahloa ’me o haufi le ho rohakoa;+ o felella ka hore o chesoe.+

9 Leha ho le joalo, tabeng ea lōna, baratuoa, re kholisehile ka lintho tse molemo le lintho tse tsamaeang le poloko, le hoja re bua ka tsela ena. 10 Etsoe Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lōna le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso+ la hae, ka hore le sebelelitse bahalaleli+ ’me le tsoela pele ho sebeletsa. 11 Empa re lakatsa hore e mong le e mong oa lōna a bontše mafolofolo a tšoanang e le hore a be le kholiseho+ e feletseng ea tšepo+ ho fihlela bofelong,+ 12 e le hore le se ke la noaboloha,+ empa le be baetsisi+ ba bao ka tumelo le ho se fele pelo ba ruang litšepiso.+

13 Etsoe ha Molimo a etsa tšepiso ea hae ho Abrahama,+ kaha o ne a ke ke a hlapanya ka mang kapa mang e moholo, o ile a hlapanya+ ka eena ka boeena, 14 a re: “Kea u tiisetsa ho hlohonolofatseng ke tla u hlohonolofatsa, ’me ho atiseng ke tla u atisa.”+ 15 Kahoo ka mor’a hore Abrahama a bontše ho se fele pelo, o ile a fumana tšepiso ena.+ 16 Etsoe batho ba hlapanya ka e moholo,+ ’me kano ea bona e felisa phehisano e ’ngoe le e ’ngoe, kaha ke tiiso ea molao ho bona.+ 17 Ka mokhoa ona, ha Molimo a rera ho bontša majalefa+ a tšepiso ka ho eketsehileng haholo ho se fetohe+ ha morero oa hae, o ile a kenella ka kano, 18 e le hore, ka lintho tse peli tse sa fetoheng tseo ho tsona e leng ho ke keng ha khoneha hore Molimo a bue leshano,+ rōna ba balehetseng setšabelong re ka ba le khothatso e matla ea ho tšoarella tšepong+ e behiloeng ka pel’a rōna. 19 Re na le tšepo+ ena e le ankora bakeng sa moea, e le ea ’nete ’me e le e tiileng, ’me e kena ka lesireng,+ 20 moo Jesu, pula-maliboho a keneng molemong oa rōna,+ eo e bileng moprista ea phahameng ho ea ka mokhoa oa Melkizedeke ka ho sa feleng.+

7 Etsoe Melkizedeke enoa, morena oa Saleme, moprista oa Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa,+ ea ileng a khahlanyetsa Abrahama ha a khutla polaong ea marena eaba oa mo hlohonolofatsa+ 2 le eo Abrahama a ileng a mo arolela karolo ea leshome ea lintho tsohle,+ pele ho tsohle, ha ho fetoleloa, ke “Morena oa Ho Loka,” joale hape ke morena oa Saleme,+ ke hore, “Morena oa Khotso.” 3 Kahobane a se na ntate, a se na ’mè, a se na leloko, a se na tšimoloho ea matsatsi+ kapa qetello ea bophelo, empa a entsoe ea joaloka Mora oa Molimo,+ o lula e le moprista ka ho sa feleng.+

4 Joale, bonang hore na monna enoa o ne a le moholo hakaakang eo Abrahama, hlooho ea lelapa, a ileng a mo fa karolo ea leshome linthong tsa bohlokoa tse hapuoeng.+ 5 Ke ’nete, banna ba tsoang ho bara ba Levi+ ba amohelang boemo ba bona ba boprista ba na le taelo ea ho bokella likarolo tsa leshome+ ho batho+ ho ea ka Molao, ke hore, ho barab’abo bona, esita le haeba ba tsoile lethekeng la Abrahama;+ 6 empa monna ea sa kang a lokolisa leloko+ la hae ho tloha ho bona o ile a nka likarolo tsa leshome ho Abrahama+ ’me a hlohonolofatsa ea neng a e-na le litšepiso.+ 7 Joale kantle ho phehisano leha e le efe, ea tlaase o hlohonolofatsoa ke e moholo.+ 8 Tabeng e ’ngoe ke batho ba shoang ba amohelang likarolo tsa leshome,+ empa tabeng e ’ngoe ke e mong eo ho pakoang ka eena hore oa phela.+ 9 Haeba nka sebelisa polelo ena, ka Abrahama esita le Levi ea amohelang likarolo tsa leshome o lefile likarolo tsa leshome, 10 kaha o ne a sa ntse a le lethekeng+ la moholo-holo oa hae ha Melkizedeke a mo khahlanyetsa.+

11 Joale, ka sebele haeba phetheho+ e ne e le ka boprista+ ba Balevi, (kaha ka bona e le tšobotsi ea kamehla batho ba ile ba fuoa Molao,)+ ho ne ho tla ba+ le tlhokahalo efe e eketsehileng ea hore moprista e mong a hlahe ho ea ka mokhoa oa Melkizedeke+ ebe ha ho thoe ke ho ea ka mokhoa oa Arone? 12 Etsoe kaha boprista bo ntse bo fetoha,+ ho ba le tlhokahalo ea hore le molao+ o fetohe. 13 Etsoe monna eo mabapi le eena ho boleloang lintho tsena e bile setho sa moloko+ o mong, oo ho tsoa ho oona ho seng ea sebelelitseng aletareng.+ 14 Etsoe ho hlakile haholo hore Morena oa rōna o hlahile Juda,+ moloko oo mabapi le oona Moshe a sa kang a bua letho malebana le baprista.

15 Ho sa ntse ho hlakile ka ho eketsehileng haholo hore ka ho tšoana le Melkizedeke+ ho hlaha moprista+ e mong, 16 ea fetohileng ea joalo, eseng ho ea ka molao oa taelo o itšetlehileng ka nama,+ empa ho ea ka matla a bophelo bo ke keng ba timela,+ 17 etsoe bopaking ho thoe: “U moprista ka ho sa feleng ho ea ka mokhoa oa Melkizedeke.”+

18 Joale, ka sebele taelo e tlileng pele e behelloa ka thōko ka lebaka la bofokoli+ ba eona le ho se be le katleho ha eona.+ 19 Etsoe Molao ha oa ka oa etsa letho hore e be le phethahetseng,+ empa ho tlisoa ho ekelletsang moo ha tšepo+ e molemo ho ile ha etsa joalo, eo ka eona re atamelang Molimo.+ 20 Hape, ho isa tekanyong eo e neng e se kantle ho kano e hlapanyelitsoeng, 21 (kaha ka sebele ho na le banna ba fetohileng baprista kantle ho kano e hlapanyelitsoeng, empa ho na le ea nang le kano e hlapanyelitsoeng ke Ea ileng a re mabapi le eena: “Jehova o hlapantse+ (’me a ke ke a ikutloa a soabile), ‘U moprista ka ho sa feleng,’”)+ 22 ho isa tekanyong eona eo le eena Jesu o fetohile ea fanoeng e le tiiso ea selekane+ se molemo. 23 Ho feta moo, ba bangata ba ile ba lokela ho ba baprista ka ho hlahlamana+ ka lebaka la ho thibeloa ke lefu+ hore ba tsoele pele e le ba joalo, 24 empa eena ka lebaka la ho tsoela pele a phela ka ho sa feleng+ o na le boprista ba hae ntle ho bahlahlami leha e le bafe. 25 Ka lebaka leo o khona le ho pholosa ka ho feletseng ba atamelang Molimo ka eena, hobane o phela kamehla ho ba kōpela ka tieo.+

26 Etsoe moprista ea phahameng joaloka enoa o ne a loketse bakeng sa rōna,+ ea tšepahalang,+ ea se nang mano,+ ea sa silafalang,+ ea arohileng ho baetsalibe,+ le ea phahametseng maholimo.+ 27 Eena ha ho hlokahale hore letsatsi le leng le le leng,+ joalokaha ho hlokahala ho baprista bao ba phahameng, a nyehele mahlabelo, pele bakeng sa libe+ tsa hae e ntan’o ba bakeng sa tsa sechaba:+ (kaha sena o ile a se etsa hang+ le ka ho ke keng ha phetoa ha a inyehela;+) 28 etsoe Molao o beha banna hore e be baprista+ ba phahameng ba e-na le bofokoli,+ empa lentsoe la kano+ e hlapanyelitsoeng e ileng ea tla ka mor’a Molao le beha Mora, ea entsoeng ea phethahetseng+ ka ho sa feleng.

8 Joale ha e le ka lintho tseo ho ntseng ho buisanoa ka tsona ntlha ea sehlooho ke ena: Re na le moprista ea phahameng+ ea joaloka enoa, ’me o lutse ka letsohong le letona la terone ea Ea Boholo bo Hlomphehang maholimong,+ 2 mohlanka oa sechaba oa sebaka se halalelang+ le oa tente ea ’nete, e hlomiloeng ke Jehova,+ eseng motho.+ 3 Etsoe moprista e mong le e mong ea phahameng o behoa hore a nyehele limpho le mahlabelo;+ ka lebaka leo ho ne ho hlokahala le ho enoa hore a be le ho hong hoo a ho nyehelang.+ 4 Joale, haeba a ne a le lefatšeng, e ka be e se moprista,+ kaha ho e-na le banna ba nyehelang limpho ho ea ka Molao, 5 empa e le banna ba etsang tšebeletso e halalelang setšoantšong+ seo e leng mohlala le seriting+ sa lintho tsa leholimo; feela joalokaha Moshe, ha a ne a le haufi le ho phetha tente,+ a ile a fuoa taelo+ ea bomolimo: Kaha o re: “Tiisa hore u etsa lintho tsohle ho latela mohlala oa tsona oo u ileng ua o bontšoa thabeng.”+ 6 Empa joale Jesu o fumane tšebeletso ea phatlalatsa e khabane haholo, hoo hape e leng mokena-lipakeng+ oa selekane+ seo ka ho tšoanang se leng molemo, se thehiloeng ka molao holim ’a litšepiso tse molemo.+

7 Etsoe haeba selekane seo sa pele e ne e bile se se nang molato, ho ka be ho sa batloa sebaka bakeng sa sa bobeli;+ 8 etsoe o hlile o fumana molato ho batho ha a re: “‘Bonang! Matsatsi aa tla,’ ho bolela Jehova, ‘’me ke tla hlaba selekane+ se secha le ba ntlo ea Iseraele le ba ntlo ea Juda; 9 eseng ho ea ka selekane+ seo ke ileng ka se hlaba le baholo-holo ba bona letsatsing la ha ke ba tšoara ka matsoho ho ba ntša naheng ea Egepeta,+ hobane ha baa ka ba lula selekaneng+ sa ka, hoo ke ileng ka khaotsa ho ba hlokomela,’ ho bolela Jehova.”+

10 “‘Etsoe sena ke selekane seo ke tla se etsa le ba ntlo ea Iseraele ka mor’a matsatsi ao,’ ho bolela Jehova. ‘Ke tla kenya melao ea ka ka likelellong tsa bona, ’me ke tla e ngola ka lipelong+ tsa bona. Ke tla ba Molimo+ oa bona, ’me bona e tla ba sechaba sa ka.+

11 “‘Ho hang ba ke ke ba ruta e mong le e mong moahi-’moho le eena le e mong le e mong mor’abo, ba re: “Tseba Jehova!”+ Etsoe ba tla ntseba+ kaofela, ho tloha ho e monyenyane ho ea ho e moholo ho bona. 12 Etsoe ke tla ba mohau liketsong tsa bona tse sa lokang, ’me ho hang ha ke sa tla hlola+ ke hopola libe+ tsa bona.’”

13 Ha a re “selekane se secha” sa pele o se entse se feletsoeng ke nako.+ Joale se etsoang se feletsoeng ke nako le se tsofalang se haufi le ho nyamela.+

9 Joale, selekane sa pele se ne se e-na le litaelo tsa tšebeletso e halalelang+ le sebaka sa sona se halalelang+ sa lefatšeng. 2 Etsoe ho ile ha hahuoa kamore+ ea pele ea tente eo ka ho eona ho neng ho e-na le seluloana sa lebone+ le tafole+ le pontšo ea mahobe;+ ’me e bitsoa “Sebaka se Halalelang.”+ 3 Empa ka mor’a lesira+ la bobeli ho ne ho e-na le kamore ea tente e bitsoang “Sehalalelisiso.”+ 4 E ne e e-na le pitsa+ ea khauta ea ho chesetsa libano le areka ea selekane+ e koahetsoeng ka khauta+ ho pota-pota ka hohle, eo ka ho eona ho neng ho e-na le nkho ea khauta e nang le manna+ le molamu oa Arone o ileng oa ba le lithunthung+ le matlapa+ a selekane; 5 empa ka holim ’a eona ho ne ho e-na le likerubime+ tse khanyang tse okametseng sekoahelo sa poelano.+ Empa joale hase nako ea ho bua ka ho qaqileng malebana le lintho tsena.

6 Ka mor’a hore lintho tsena li hahuoe ka tsela ena, baprista ba kena ka kamoreng+ ea pele ea tente ka linako tsohle ho etsa litšebeletso+ tse halalelang; 7 empa ka kamoreng ea bobeli ke moprista ea phahameng feela ea kenang hang ka selemo,+ eseng kantle ho mali,+ ao a a nyehelang bakeng sa hae+ le bakeng sa libe tsa ho hloka tsebo tsa batho.+ 8 Ka hona moea o halalelang o hlakisa hore tsela+ ea ho kena sebakeng se halalelang e ne e e-s’o bonahatsoe ha tente ea pele e ne e sa ntse e eme.+ 9 Tente ena ke papiso+ bakeng sa nako e behiloeng e seng e fihlile,+ ’me tumellanong le eona limpho hammoho le mahlabelo lia nyeheloa.+ Leha ho le joalo, ha li khone ho etsa hore motho ea etsang tšebeletso e halalelang a phethahale+ mabapi le letsoalo la hae,+ 10 empa li amana feela le lijo+ le lino+ le likolobetso+ tse sa tšoaneng. E ne e le litlhokahalo tsa molao tse amanang le nama+ ’me li ile tsa behoa ho fihlela nakong e behiloeng ea ho otlolla lintho.+

11 Leha ho le joalo, ha Kreste a tla e le moprista+ ea phahameng oa lintho tse molemo tse etsahetseng, ka tente e khōlō le e phethahetseng haholo e sa etsoang ka matsoho, ke hore, eo e seng ea pōpo+ ena, 12 che, ha aa ka a kena ka mali+ a lipōli le a lipohoana, empa o kene ka mali+ a hae, hang le ka ho ke keng ha phetoa sebakeng se halalelang ’me a fumana topollo e sa feleng bakeng sa rōna.+ 13 Etsoe haeba mali a lipōli+ le a lipoho+ le molora+ oa khomo ea sethole o fafatsoang holim ’a ba silafetseng+ o halaletsa ho isa tekanyong ea bohloeki ba nama,+ 14 mali+ a Kreste, eo ka moea o sa feleng a ileng a inyehela+ ho Molimo a se na sekoli, a tla hloekisa+ matsoalo a rōna hakaakang mesebetsing+ e shoeleng e le hore re ka etsetsa Molimo ea phelang tšebeletso e halalelang?+

15 Kahoo ke ka lebaka leo e leng mokena-lipakeng+ oa selekane se secha, e le hore, kahobane lefu le bile teng hore ba lokolloe ka thekollo+ litlōlong tlas’a selekane+ sa pele, ba bitsitsoeng ba ka amohela tšepiso ea lefa+ le sa feleng. 16 Etsoe moo ho nang le selekane,+ ho hlokahala hore ho fanoe ka lefu la moetsi oa selekane oa motho. 17 Etsoe selekane se tiea ka liphofu tse shoeleng, kaha ha se sebetse ka nako leha e le efe ha moetsi oa selekane oa motho a sa ntse a phela. 18 Ka lebaka leo le selekane+ sa pele ha sea ka sa qaloa kantle ho mali.+ 19 Etsoe ha taelo e ’ngoe le e ’ngoe ho ea ka Molao e boletsoe ke Moshe ho sechaba+ sohle, o ile a nka mali a lipohoana le a lipōli hammoho le metsi le boea bo sekareleta le hysopa+ ’me a fafatsa buka le sechaba sohle, 20 a re: “Ana ke mali a selekane seo Molimo a se behileng e le taelo holim ’a lōna.”+ 21 Ka ho tšoanang a fafatsa tente+ le lijana tsohle tsa tšebeletso ea phatlalatsa ka mali.+ 22 E, hoo e batlang e le lintho tsohle li hloekisoa ka mali+ ho ea ka Molao, ’me ntle le hore mali a tšolohe+ ha ho tšoarelo e bang teng.+

23 Ka hona ho ne ho hlokahala hore litšoantšo+ tseo e leng mohlala tsa lintho tse maholimong li hloekisoe ka mekhoa ena,+ empa lintho tsa leholimo li hloekisoe ka mahlabelo a molemo ho feta mahlabelo a joalo. 24 Etsoe Kreste ha aa ka a kena sebakeng se halalelang se entsoeng ka matsoho,+ seo e leng setšoantšo sa ntho ea sebele,+ empa o kene leholimong,+ joale ho hlaha ka pel’a Molimo bakeng sa rōna.+ 25 Leha e le hore ke bakeng sa hore a inyehele hangata, joalokaha moprista ea phahameng a kena sebakeng se halalelang+ selemo le selemo+ ka mali ao e seng a hae. 26 Ho seng joalo, o ne a tla lokela ho utloa bohloko hangata ho tloha ho thehoeng+ ha lefatše. Empa joale o iponahalitse+ hang+ le ka ho ke keng ha phetoa qetellong ea litsamaiso tsa lintho+ ho tlosa sebe ka sehlabelo sa hae.+ 27 Etsoe batho+ ba boloketsoe ho shoa hang le ka ho ke keng ha phetoa, empa ka mor’a sena e be kahlolo,+ 28 kahoo le eena Kreste o ile a nyeheloa hang+ le ka ho ke keng ha phetoa ho jara libe tsa ba bangata;+ ’me ka lekhetlo+ la bobeli ha a bonahala+ e tla ba kantle le sebe+ le ho ba mo batlang ka tieo bakeng sa poloko+ ea bona.

10 Etsoe kaha Molao o na le seriti+ sa lintho tse molemo tse tlang ho tla, empa eseng boleng ba sebele ba lintho tseo, le ka mohla batho ka mahlabelo a tšoanang ao ba a nyehelang ka mokhoa o tsoelang pele selemo le selemo ba ke ke ba etsa hore ba atamelang e be ba phethahetseng.+ 2 Ho seng joalo, na mahlabelo a ka be a sa khaotsa ho ’na a nyeheloa, hobane ba etsang tšebeletso e halalelang ba neng ba hloekisitsoe hang le ka ho ke keng ha phetoa ba ne ba ke ke ba hlola ba e-ba le kelo-hloko ea libe?+ 3 Ho fapana le hoo, ka mahlabelo ana ho na le khopotso ea libe selemo le selemo,+ 4 etsoe ho ke ke ha khoneha hore mali a lipoho le a lipōli a tlose libe.+

5 Kahoo ha a kena lefatšeng o re: “‘Ha ua ka ua batla sehlabelo le nyehelo,+ empa u ile ua ntokisetsa ’mele.+ 6 Ha ua ka ua amohela linyehelo tse feletseng tsa secheso le nyehelo ea sebe.’+ 7 Joale ka re, ‘Bona! Ke tlile (moqolong oa buka ho ngoliloe ka ’na)+ ho etsa thato ea hao, Molimo.’”+ 8 Ka mor’a ho qala ka ho re: “Ha ua ka ua batla kapa ua amohela mahlabelo le linyehelo le linyehelo tse feletseng tsa secheso le nyehelo+ ea sebe”—mahlabelo a nyeheloang ho ea ka Molao+— 9 joale ha e le hantle o re: “Bona! Ke tlile ho etsa thato ea hao.”+ O felisa sa pele e le hore a ka tiisa sa bobeli.+ 10 Ka “thato”+ e boletsoeng re halalelitsoe+ ka ho nyeheloa+ ha ’mele oa Jesu Kreste hang+ le ka ho ke keng ha phetoa.

11 Hape, moprista e mong le e mong o ema+ letsatsi le letsatsi+ ho etsa tšebeletso ea phatlalatsa le ho nyehela hangata mahlabelo a tšoanang, kaha ana ha ho nako eo ka eona a khonang ho tlosa libe ka ho feletseng.+ 12 Empa motho enoa o ile a nyehela sehlabelo se le seng bakeng sa libe ka ho sa feleng+ eaba o lula ka letsohong le letona la Molimo,+ 13 ho tloha nakong eo ho ea pele a letile ho fihlela lira tsa hae li ka behoa joaloka setuloana sa maoto a hae.+ 14 Etsoe ke ka nyehelo+ e le ’ngoe ea sehlabelo a entseng hore ba ntseng ba halaletsoa e be ba phethahetseng+ ka ho sa feleng. 15 Ho feta moo, moea o halalelang+ le oona oa re pakela, kaha ka mor’a hore o re: 16 “‘Sena ke selekane seo ke tla se etsa le bona ka mor’a matsatsi ao,’ ho bolela Jehova. ‘Ke tla kenya melao ea ka ka lipelong tsa bona, ’me ke tla e ngola ka likelellong tsa bona,’”+ 17 ka mor’a moo o re: “Ho hang ha ke sa tla hlola ke hopola+ libe tsa bona le liketso tsa bona tse sa eeng ka molao.” 18 Joale moo ho nang le tšoarelo+ ea tsena, ha ho sa na nyehelo bakeng sa sebe.+

19 Ka hona, barab’eso, kaha re na le sebete bakeng sa tsela ea ho kena+ sebakeng+ se halalelang ka mali a Jesu, 20 eo a ileng a re qalla eona e le tsela e ncha le e phelang e phunyeletsang lesira,+ ke hore, nama+ ea hae, 21 hape kaha re e-na le moprista e moholo holim ’a ntlo ea Molimo,+ 22 a re atameleng ka lipelo tsa ’nete ka kholiseho e feletseng ea tumelo, kaha lipelo tsa rōna li fafalitsoe hore li tlohe letsoalong+ le khopo le ’mele ea rōna e hlatsoitsoe ka metsi+ a hloekileng. 23 A re tšoareng ka tieo boipolelo ba phatlalatsa ba tšepo+ ea rōna re sa thekesele,+ kaha ea tšepisitseng oa tšepahala.+ 24 A re nahanelaneng hore re susumeletsane+ leratong le mesebetsing+ e metle, 25 re sa tlohele ho bokana ha rōna,+ joalokaha ba bang ba e-na le tloaelo eo, empa re khothatsana,+ ’me re etsa joalo haholo kaha le bona letsatsi le ntse le atamela.+

26 Etsoe haeba re tloaela ho etsa sebe ka boomo+ ka mor’a hore re amohele tsebo e nepahetseng ea ’nete,+ ha ho sa na sehlabelo leha e le sefe se setseng bakeng sa libe,+ 27 empa ho na le tebello e itseng e tšabehang ea kahlolo+ ’me ho na le poulelo e tukang e tla timetsa ba hanyetsang.+ 28 Motho leha e le ofe ea hlokomolohileng molao oa Moshe o shoa kantle ho qenehelo, ka bopaki ba ba babeli kapa ba bararo.+ 29 Ha le nahana, ke kotlo+ e khōlō hakaakang eo motho ea hataketseng+ Mora oa Molimo a tla nkoa a tšoaneloa ke eona le ea nkileng mali+ a selekane ao a ileng a halaletsoa ka ’ona e le a bohlokoa bo tloaelehileng, le ea halefisitseng moea+ oa mosa o sa tšoanelang ka ho eisa? 30 Etsoe rea mo tseba ea ileng a re: “Phetetso ke ea ka; ke tla buseletsa”;+ hape: “Jehova o tla ahlola batho+ ba hae.” 31 Ke ntho e tšabehang ho oela matsohong a Molimo+ ea phelang.

32 Leha ho le joalo, le ’ne le hopole matsatsi a pele ao ka ’ona, ka mor’a hore le behoe leseling,+ le ileng la mamella ntoa e khōlō tlas’a litlhokofatso,+ 33 ka linako tse ling e le ha le ntse le pepesetsoa linyeliso le matšoenyeho joalokaha eka ke ka lebaleng la liketsahalo,+ ’me ka linako tse ling e le ha le ntse le e-ba le karolo le ba neng ba e-ba le phihlelo e joalo.+ 34 Etsoe le ile la bontša kutloelo-bohloko ho ba chankaneng hammoho le ho amohela ka thabo ho tlatlapuoa+ lintho tsa lōna, le tseba hore le na le letlotlo+ le molemo le le lulang le le teng.

35 Ka hona, le se ke la lahla ho bua ha lōna ka bolokolohi,+ ho nang le moputso+ o moholo oo ho tla o lefshoa. 36 Etsoe ho hlokahala hore le be le mamello,+ e le hore, ka mor’a hore le etse thato ea Molimo,+ le ka amohela phethahatso ea tšepiso.+ 37 Etsoe e sa tla ba “ka nakoana e seng kae,”+ ’me “ea tlang o tla fihla ’me a ke ke a lieha.”+ 38 “Empa ea lokileng oa ka o tla phela ka lebaka la tumelo,”+ ’me, “haeba a ikhula, moea oa ka ha o khahloe ke eena.”+ 39 Joale ha re mofuta o ikhulang ho ea timetsong,+ empa re mofuta o nang le tumelo hore moea+ o bolokoe o phela.

11 Tumelo+ ke tebello e tiisitsoeng ea lintho tseo ho nang le tšepo+ bakeng sa tsona, ke bopaki bo totobetseng ba lintho tsa sebele le hoja li sa bonoe.+ 2 Etsoe banna ba linakong tsa khale ba ile ba pakoa ka sena.+

3 Ka tumelo re lemoha hore litsamaiso tsa lintho+ li ile tsa hlophisoa ke lentsoe+ la Molimo, hoo se bonoang e bileng se tsoang linthong tse sa hlaheng.+

4 Ka tumelo Abele o ile a nyehela ho Molimo sehlabelo sa bohlokoa bo boholo ho feta Kaine,+ e leng tumelo eo ka eona a ileng a pakoa hore o ne a lokile, Molimo a paka+ mabapi le limpho tsa hae; ’me ka eona, le hoja a shoele, o sa ntse a bua.+

5 Ka tumelo Enoke+ o ile a fallisoa e le hore a se ke a bona lefu, ’me ha aa ka a fumanoa leha e le kae hobane Molimo o ne a mo fallisitse;+ kaha pele a fallisoa o ne a e-na le bopaki ba hore o ne a khahlisitse Molimo.+ 6 Ho feta moo, kantle ho tumelo+ ho ke ke ha khoneha ho mo khahlisa,+ kaha ea atamelang Molimo o lokela ho lumela hore o teng+ le hore e ba moputsi+ oa ba mo batlang+ ka tieo.

7 Ka tumelo Noe,+ ka mor’a ho fuoa temoso ea bomolimo ea lintho tse e-s’o bonoe,+ o ile a bontša tšabo ea bomolimo eaba o haha areka+ bakeng sa ho pholosa ba ntlo ea hae; ka tumelo ena o ile a ahlola lefatše,+ ’me a fetoha mojalefa oa ho loka+ ho eang ka tumelo.

8 Ka tumelo Abrahama,+ ha a bitsoa, o ile a mamela ka hore a tsoe ho ea kena sebakeng seo a neng a reretsoe ho se amohela e le lefa; o ile a tsoa, le hoja a ne a sa tsebe moo a neng a e-ea teng.+ 9 Ka tumelo o ile a lula e le mojaki naheng ea tšepiso joaloka naheng+ esele, ’me a lula litenteng+ le Isaka+ le Jakobo,+ majalefa le eena a tšepiso eona eo e tšoanang.+ 10 Etsoe o ne a letetse motse+ o nang le metheo ea sebele, motse oo sehahi le moetsi oa oona e leng Molimo.+

11 Ka tumelo le eena Sara+ o ile a amohela matla a ho emola peō, esita leha a ne a fetile tekanyo ea lilemo,+ kaha o ile a nka hore ea neng a tšepisitse oa tšepahala.+ 12 Kahoo hape ka monna a le mong,+ le eena ho tšoana leha a shoele,+ ho ile ha tsoaloa bana feela joalokaha eka ke linaleli tsa leholimo ka bongata le joaloka lehlabathe le mathōkong a leoatle, ba se nang palo.+

13 Ka tumelo bana kaofela ba ile ba shoa,+ le hoja ba sa ka ba fumana phethahatso ea litšepiso,+ empa ba ile ba li bonela hōle+ ’me ba li amohela ’me ba bolela phatlalatsa hore e ne e le basele le baahi ba nakoana naheng eo.+ 14 Etsoe ba buang lintho tse joalo ba fana ka bopaki ba hore ba batla ka tieo sebaka sa bona.+ 15 Leha ho le joalo, hoja ebe ka sebele ba ne ba ’nile ba hopola sebaka seo ba neng ba tlohile ho sona,+ ba ka be ba bile le monyetla oa ho khutla.+ 16 Empa joale ba hahamalla sebaka se molemo, ke hore, sa leholimo.+ Kahoo Molimo ha a lihlong ka bona, hore ho ipiletsoe ho eena e le Molimo+ oa bona, etsoe o ba lokiselitse motse.+

17 Ka tumelo Abrahama, ha a lekoa,+ ho ile ha tšoana leha a nyehetse Isaka, ’me monna ea neng a amohetse litšepiso ka nyakallo a leka ho nyehela mora+ oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, 18 le hoja ho ne ho itsoe ho eena: “Se tla bitsoa ‘peō ea hao’ se tla ba teng ka Isaka.”+ 19 Empa o ile a lekanya hore Molimo o ne a khona ho mo tsosa bafung;+ ’me ho tloha moo a fela a mo amohela hape ka tsela ea tšoantšetso.+

20 Ka tumelo le eena Isaka o ile a hlohonolofatsa Jakobo+ le Esau+ malebana le lintho tse tlang ho tla.

21 Ka tumelo Jakobo, ha a le makhatheng a ho shoa,+ o ile a hlohonolofatsa e mong le e mong oa bara ba Josefa+ ’me a rapela a ikokotletse ka ntlha ea lere+ la hae.

22 Ka tumelo Josefa, ha a le haufi le ho shoa, o ile a bua ka ho tloha+ ha bara ba Iseraele; ’me a fana ka taelo malebana le masapo a hae.+

23 Ka tumelo Moshe o ile a patoa ka likhoeli tse tharo ke batsoali ba hae ka mor’a tsoalo+ ea hae, hobane ba ile ba bona hore ngoana e monyenyane o ne a le motle+ ’me ha baa ka ba tšaba taelo+ ea morena. 24 Ka tumelo Moshe, ha a hōlile,+ o ile a hana ho bitsoa mora oa morali oa Faro,+ 25 a khetha ho tšoaroa hampe hammoho le sechaba sa Molimo ho e-na le hore a thabele sebe ka nakoana, 26 hobane o ile a nka nyeliso+ ea Kreste e le maruo a maholo ho feta matlotlo a Egepeta; kaha o ile a talima ka hloko tefong ea moputso.+ 27 Ka tumelo o ile a tloha Egepeta,+ empa a sa tšabe bohale ba morena,+ kaha o ile a tsoela pele a tiile joalokaha eka o bona Ea sa bonahaleng.+ 28 Ka tumelo o ne a ketekile paseka+ le qaphaletso ea mali,+ e le hore motimetsi a se ke a ama matsibolo a bona.+

29 Ka tumelo ba ile ba feta har’a Leoatle le Lefubelu joalokaha eka ke moo ho omileng,+ empa ha Baegepeta ba le lekella ba ile ba metsoa.+

30 Ka tumelo marako a Jeriko a ile a oela fatše ka mor’a hore a pota-potoe ka matsatsi a supileng.+ 31 Ka tumelo Rahaba+ oa seotsoa ha aa ka a timela le ba ileng ba etsa ka ho se mamele, hobane o ile a amohela lihloela ka tsela e nang le khotso.+

32 Ke eng hape eo nka e buang? Etsoe ke tla haelloa ke nako haeba ke tsoela pele ho pheta ka Gideone,+ Barake,+ Samsone,+ Jafeta,+ Davida+ hammoho le Samuele+ le baprofeta+ ba bang, 33 bao ka tumelo ba ileng ba hlōla mebuso likhohlanong,+ ba tlisa ho loka,+ ba fumana litšepiso,+ ba thiba melomo ea litau,+ 34 ba thiba matla a mollo,+ ba phonyoha bohale ba sabole,+ ho tloha boemong ba ho fokola ba etsoa ba matla,+ ba fetoha ba sebete ntoeng,+ ba qhalakanya mabotho a basele.+ 35 Basali ba ile ba amohela bafu ba bona ka tsoho;+ empa banna ba bang ba ile ba hlokofatsoa hobane ba ne ba ke ke ba amohela tokollo ka thekollo e itseng, e le hore ba ka fihlela tsoho e molemo. 36 E, ba bang ba ile ba amohela teko ea bona ka litšomo le lichapo, ho feta moo, ka litlamo+ le lichankana.+ 37 Ba ile ba tlepetsoa ka majoe,+ ba lekoa,+ ba sakhoa likoto, ba shoa+ ka ho bolaoa ka sabole, ba phaila ka matlalo a linku,+ ka matlalo a lipōli, ha ba ntse ba le bohloking,+ ba le matšoenyehong,+ ba le tlas’a tšoaro e mpe;+ 38 lefatše le ne le sa ba tšoanele. Ba ile ba lelera mahoatateng le lithabeng le mahaheng+ le maphaong a lefatše.

39 Leha ho le joalo bana bohle, le hoja ba ile ba pakoa ka tumelo ea bona, ha baa ka ba fumana phethahatso ea tšepiso,+ 40 kaha Molimo o ile a bona esale pele ho hong ho molemo+ bakeng sa rōna,+ e le hore ba+ se ke ba etsoa ba phethahetseng+ kantle le rōna.+

12 Kahoo, joale, kahobane re e-na le leru le leholo hakaalo la lipaki+ le re pota-potileng, le rōna a re hloboleng boima+ bo bong le bo bong le sebe se re tšoasang+ habonolo, ’me a re matheng ka mamello+ peisong+ e behiloeng ka pel’a rōna,+ 2 ha re ntse re talimile ka hloko Moemeli ea ka Sehloohong+ le Mophethahatsi oa tumelo ea rōna,+ Jesu. Ka lebaka la thabo e neng e behiloe ka pel’a hae o ile a mamella+ thupa ea tlhokofatso, a sa natse lihlong, ’me o lutse ka letsohong le letona la terone ea Molimo.+ 3 Ka sebele, le nahane ka hloko ka ea mameletseng puo+ e joalo e hanyetsang ea baetsalibe khahlanong le lithahasello tsa bona, e le hore le se ke la khathala eaba le felloa ke matla meeeng ea lōna.+

4 Ha le tsoela pele ka ntoa ea lōna khahlanong le sebe seo, le ka mohla ha le e-s’o hanyetse ho fihlela maling,+ 5 empa le lebetse ka ho feletseng keletso e buang le lōna le le bara:+ “Mora oa ka, u se ke ua nyenyefatsa taeo e tsoang ho Jehova, kapa ua felloa ke matla ha u khalemeloa ke eena;+ 6 kaha Jehova o laea eo a mo ratang; ha e le hantle, o shapa e mong le e mong eo a mo amohelang e le mora.”+

7 Ke ka lebaka la taeo+ le mamellang. Molimo o sebetsana le lōna joalokaha a sebetsana le bara.+ Etsoe ke mora ofe eo ntat’ae a sa mo laeeng?+ 8 Empa haeba le se na taeo eo bohle ba bileng le kabelo ho eona, ka sebele le bana+ ba matšeo, eseng bara. 9 Ho feta moo, re ne re e-na le bo-ntate bao e neng e le ba nama joaloka rōna ho re laea,+ ’me re ne re ba fa tlhompho. Na haholo ka ho eketsehileng re ke ke ra ipeha tlas’a Ntate oa bophelo ba rōna ba moea ’me re phele?+ 10 Etsoe ka matsatsi a se makae ba ne ba re laea ho ea ka se neng se bonahala se le molemo ho bona,+ empa o etsa joalo molemong oa rōna e le hore re ka ba le kabelo khalalelong+ ea hae. 11 Ke ’nete, ha ho taeo eo hona joale e bonahalang e thabisa, empa e baka mesarelo;+ leha ho le joalo ka mor’a moo ho ba koetlisitsoeng ke eona e beha litholoana+ tsa khotso, e leng, ho loka.+

12 Kahoo otlollang matsoho a lepeletseng+ le mangole+ a tšeremang, 13 ’me le ’ne le otlolle litsela bakeng sa maoto+ a lōna, e le hore se holofetseng se se ke sa ntšoa lenonyellong, empa ho e-na le hoo e le hore se ka fola.+ 14 Phehellang khotso le batho+ bohle, le khalaletso+ eo kantle ho eona ho seng motho ea tla bona Morena,+ 15 le lebela ka hloko hore ho se ke ha e-ba le ea mong ea ka hlokisoang mosa o sa tšoanelang oa Molimo;+ e le hore ho se ke ha e-ba le motso+ o chefo o ka hlahang eaba o baka khathatso le hore ba bangata ba se ke ba silafatsoa ke oona;+ 16 e le hore ho se ke ha e-ba le sehlola kapa leha e le mang ea sa ananeleng lintho tse halalelang, joaloka Esau,+ ea ileng a fana ka litokelo tsa hae joaloka letsibolo e le phapanyetsano bakeng sa sejo se le seng.+ 17 Etsoe lea tseba hore ka mor’a moo hape ha a batla ho rua tlhohonolofatso+ o ile a lahloa,+ kaha, le hoja ka tieo a ile a batla ho fetola maikutlo ka meokho,+ ha aa ka a fumana sebaka sa eona.+

18 Etsoe ha lea atamela se ka angoang+ le se hotelitsoeng ke mollo,+ le leru le letšo le lefifi le letšo-letšo le sefefo+ se matla, 19 le molumo o lerata oa terompeta+ le molumo oa mantsoe;+ e leng molumo oo ha batho ba o utloa ba ileng ba kōpa hore ho se ke ha e-ba le lentsoe leo ba le ekeletsoang.+ 20 Etsoe taelo ena e ne e sa mamellehe ho bona: “Haeba phoofolo e ama thaba, e tla tlepetsoa ka majoe.”+ 21 Hape, pontšo ena e ne e tšosa hoo Moshe a ileng a re: “Ke tšohile ’me kea thothomela.”+ 22 Empa le atametse Thaba ea Sione+ le motse+ oa Molimo ea phelang, Jerusalema+ ea leholimo, le limiriade tsa mangeloi,+ 23 sebokeng+ se akaretsang, le phutheho ea matsibolo+ a ngolisitsoeng+ maholimong, le Molimo Moahloli oa bohle,+ le bophelo+ ba moea ba ba lokileng ba entsoeng ba phethahetseng,+ 24 le Jesu mokena-lipakeng+ oa selekane+ se secha, le mali a ho fafatsa,+ a buang ka tsela e molemo ho feta mali+ a Abele.

25 Tiisang hore le se ke la ikhula ho ea buang.+ Etsoe haeba ba ileng ba ikhula ho ea neng a fana ka temoso ea bomolimo lefatšeng ba sa ka ba phonyoha,+ re ke ke ra phonyoha hakaakang haeba re furalla ea buang ho tsoa maholimong.+ 26 Ka nako eo lentsoe la hae le ile la sisinya lefatše,+ empa hona joale o tšepisitse, ha a re: “Hang hape ke sa ntse ke tla hlōkola eseng lefatše feela empa le leholimo.”+ 27 Joale polelo “Hang hape ke sa ntse” e bontša ho tlosoa ha lintho tse ntseng li sisinngoa e le lintho tse entsoeng,+ e le hore lintho tse ntseng li sa sisinngoe li ka sala.+ 28 Ka lebaka leo, kaha re tla amohela ’muso o ke keng oa sisinngoa,+ a re tsoeleng pele ho ba le mosa o sa tšoanelang, oo ka oona ka ho amohelehang re ka etsetsang Molimo tšebeletso e halalelang ka tšabo ea bomolimo le tšabo e nang le tlhompho.+ 29 Etsoe Molimo oa rōna ke mollo o timetsang.+

13 Lerato la lōna la bara ba motho le ke le tsoele pele.+ 2 Le se ke la lebala ho amohela baeti,+ etsoe ka ho etsa joalo ba bang, ba sa tsebe, ba ile ba amohela mangeloi.+ 3 Lulang le hopotse ba litlamong+ tsa chankana joalokaha eka le tlamiloe le bona,+ le ba ntseng ba tšoaroa hampe,+ kaha le lōna le sa ntse le le ’meleng oa nama. 4 Lenyalo le ke le hlomphehe har’a bohle, le liphate tsa lenyalo li hloke litšila,+ kaha Molimo o tla ahlola lihlola le bafebi.+ 5 Mokhoa oa lōna oa bophelo e ke e be o se nang lerato la chelete,+ ha le ntse le khotsofaletse+ lintho+ tse teng. Etsoe o itse: “Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.”+ 6 E le hore re ka ba sebete+ ’me ra re: “Jehova ke mothusi oa ka; nke ke ka tšaba. Motho a ka nketsa’ng?”+

7 Hopolang ba etellang pele har’a lōna,+ ba le boleletseng lentsoe la Molimo, ’me ha le ntse le nahanisisa kamoo boitšoaro ba bona bo fellang kateng le etsise+ tumelo+ ea bona.

8 Jesu Kreste oa tšoana maobane le kajeno, le ka ho sa feleng.+

9 Le se ke la nkoa ke lithuto+ tse sa tšoaneng le tse sa tloaelehang; kaha ho hotle hore pelo e tiisoe ke mosa o sa tšoanelang,+ eseng ke tse jeoang,+ tseo ba iphathahanyang ka tsona ba sa ruang molemo.

10 Re na le aletare eo ba etsang tšebeletso e halalelang tenteng ba se nang matla a ho jella+ ho eona. 11 Etsoe litopo tsa liphoofolo tseo mali a tsona a isoang sebakeng se halalelang ke moprista ea phahameng bakeng sa sebe li chesetsoa ka ntle ho liahelo.+ 12 Kahoo Jesu le eena, e le hore a ka halaletsa+ batho ka mali+ a hae, o ile a utloa bohloko ka ntle ho heke.+ 13 Joale, a re eeng ho eena ka ntle ho liahelo, re jere nyeliso eo a ileng a e jara,+ 14 kaha mona ha re na motse o lulang o ntse o le teng,+ empa re batla ka tieo o tlang ho tla.+ 15 Ka eena a re nyeheleng kamehla ho Molimo sehlabelo sa thoriso,+ ke hore, litholoana tsa melomo+ e bolelang lebitso+ la hae phatlalatsa. 16 Ho feta moo, le se ke la lebala ho etsa se molemo+ le ho arolelana lintho le ba bang, kaha Molimo o khahlisoa+ ke mahlabelo a joalo.

17 Mamelang ba etellang pele har’a lōna+ ’me le ipehe tlaase,+ kaha ba lula ba lebetse meea ea lōna joaloka ba tla ikarabella;+ e le hore ba ka etsa sena ka thabo eseng ka ho feheloa, kaha sena se ne se tla ba kotsi ho lōna.+

18 Tsoelang pele ho re rapella,+ kaha re tšepa hore re na le matsoalo a tšepahalang, kaha re lakatsa ho itšoara ka botšepehi linthong tsohle.+ 19 Empa ke le eletsa haholo-holo hore le etse sena, e le hore nka khutlisetsoa ho lōna kapele.+

20 Joale e se eka Molimo oa khotso,+ ea ileng a nyolla bafung+ molisa+ e moholo oa linku+ ka mali a selekane+ se sa feleng, Morena oa rōna Jesu, 21 a ka le hlomella ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo hore le etse thato ea hae, ha a etsa ho rōna ka Jesu Kreste se khahlisang haholo mahlong+ a hae; ho eena e be khanya ka ho sa feleng le kamehla.+ Amen.

22 Joale kea le eletsa, barab’eso, hore le mamelle lentsoe lena la khothatso, kaha, ka sebele, ke hlophisitse lengolo le eang ho lōna ka mantsoe a seng makae.+ 23 Elelloang hore mor’abo rōna Timothea+ o lokolotsoe, eo, haeba a tla kapele haholo, ke tla le bona le eena.

24 Ntumelisetseng bohle ba etellang pele+ har’a lōna le ntumelisetse le bahalaleli bohle. Ba leng Italy+ ba le romela litumeliso.

25 Mosa o sa tšoanelang+ o be le lōna kaofela.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela