Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • bi12 1 Johanne 1:1-5:21
  • 1 Johanne

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • 1 Johanne
  • Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
1 Johanne

La Pele la Johanne

1 Se neng se le teng ho tloha tšimolohong,+ seo re se utloileng,+ seo re se boneng ka mahlo a rōna,+ seo re se shebileng+ ka hloko ’me matsoho a rōna a se ama,+ malebana le lentsoe la bophelo,+ 2 (e, bophelo bo ile ba bonahatsoa,+ ’me re bone ’me re paka+ le ho le tlalehela bophelo bo sa feleng+ bo neng bo le ho Ntate le bo ileng ba bonahatsoa ho rōna,) 3 re boetse re le tlalehela+ seo re se boneng le seo re se utloileng e le hore le lōna le ka ba le kabelo le rōna.+ Ho feta moo, kabelo+ ena ea rōna e ho Ntate le ho Mora oa hae Jesu Kreste.+ 4 Kahoo re ngola lintho tsena e le hore thabo ea rōna e ka ba ka tekanyo e tletseng.+

5 Ona ke molaetsa oo re o utloileng ho eena ’me re le tsebisa oona,+ hore Molimo ke leseli+ ’me ha ho na lefifi ho hang bonngoeng le eena.+ 6 Haeba re re: “Re na le kabelo le eena,” leha ho le joalo re tsoela pele ho tsamaea lefifing,+ re bua leshano ’me ha re sebelise ’nete.+ 7 Leha ho le joalo, haeba re tsamaea leseling joalokaha eena a le leseling,+ re fela re abelana,+ ’me mali+ a Mora oa hae Jesu a re hloekisa+ sebeng sohle.+

8 Haeba re re: “Ha re na sebe,”+ rea ithetsa+ ’me ’nete ha e eo ho rōna. 9 Haeba re bolela libe tsa rōna,+ oa tšepahala ’me o lokile hore a re tšoarele libe tsa rōna le ho re hloekisa ho se lokeng hohle.+ 10 Haeba re re: “Ha rea etsa sebe,” re mo etsa ea leshano, ’me lentsoe la hae ha le eo ho rōna.+

2 Bana ba ka ba banyenyane, ke le ngolla lintho tsena hore le se ke la etsa sebe.+ Leha ho le joalo, haeba mang kapa mang a etsa sebe, re na le mothusi+ ho Ntate, e leng Jesu Kreste, ea lokileng.+ 2 Ke sehlabelo+ sa poelano+ bakeng sa libe tsa rōna,+ empa leha ho le joalo eseng bakeng sa tsa rōna+ feela empa le bakeng sa tsa lefatše lohle.+ 3 Ka sena re na le tsebo ea hore rea mo tseba, e leng, haeba re tsoela pele ho boloka litaelo tsa hae.+ 4 Ea reng: “Kea mo tseba,”+ leha ho le joalo a sa boloke litaelo tsa hae,+ o leshano, ’me ’nete ha e eo ho motho enoa.+ 5 Empa mang kapa mang ea felang a boloka lentsoe la hae,+ kannete ho motho enoa lerato la Molimo le entsoe le phethahetseng.+ Ka sena re na le tsebo ea hore re bonngoeng le eena.+ 6 Ea reng o lula bonngoeng+ le eena o tlamehile hore a tsoele pele ho tsamaea feela joalokaha eo a ile a tsamaea.+

7 Baratuoa, ha ke le ngolle taelo e ncha, empa taelo ea khale+ eo le bileng le eona ho tloha tšimolohong.+ Taelo ena ea khale ke lentsoe leo le ileng la le utloa. 8 Hape, ke le ngolla taelo e ncha, taba ea ’nete ho eena le ho lōna, hobane lefifi+ lea feta ’me leseli la ’nete+ le se le ntse le khanya.

9 Ea reng o leseling leha ho le joalo a hloea+ mor’abo o lefifing ho fihlela hona joale.+ 10 Ea ratang mor’abo o lula leseling,+ ’me ha ho sesosa sa ho khoptjoa ho eena.+ 11 Empa ea hloeang mor’abo o lefifing ’me o tsamaea lefifing,+ ’me ha a tsebe moo a eang,+ hobane lefifi le foufalitse mahlo a hae.

12 Kea le ngolla, bana ba banyenyane, hobane le tšoaretsoe libe ka lebaka la lebitso la hae.+ 13 Kea le ngolla, bo-ntate, hobane le tseba ea leng teng ho tloha tšimolohong.+ Kea le ngolla, bahlankana,+ hobane le hlōtse ea khopo.+ Ke ngolla lōna, bana ba banyenyane,+ hobane le tseba Ntate.+ 14 Ke ngolla lōna, bo-ntate,+ hobane le tseba ea leng teng ho tloha tšimolohong.+ Ke ngolla lōna, bahlankana, hobane le matla+ ’me lentsoe la Molimo le lula ho lōna+ hape le hlōtse ea khopo.+

15 Le se ke la rata lefatše kapa lintho tse lefatšeng. Haeba leha e le mang a rata lefatše,+ lerato la Ntate ha le eo ho eena;+ 16 hobane ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lefatšeng+—takatso ea nama+ le takatso ea mahlo+ le pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso+—ha e simolohe ho Ntate, empa e simoloha lefatšeng.+ 17 Ho feta moo, lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso+ ea lona, empa ea etsang thato+ ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.+

18 Bana ba banyenyane, ke hora ea ho qetela,+ ’me, feela joalokaha le utloile hore mohanyetsi oa Kreste oa tla,+ esita le hona joale ho se ho e-na le bahanyetsi ba Kreste ba bangata;+ e leng seo re tsebang ka sona hore ke hora ea ho qetela. 19 Ba ile ba tsoa ho rōna, empa e ne e se ba mofuta oa rōna;+ etsoe haeba e ne e bile ba mofuta oa rōna, ba ka be ba lutse le rōna.+ Empa ba ile ba tsoa e le hore ho ka bonahala ka ho hlakileng hore hase bohle bao e leng ba mofuta oa rōna.+ 20 Ho tlotsoa ha lōna ho tsoa ho mohalaleli;+ kaofela ha lōna le na le tsebo.+ 21 Ke le ngolla, eseng hobane le sa tsebe ’nete,+ empa hobane le e tseba,+ le hobane ho se leshano le simolohang ’neteng.+

22 Ke mang ea leshano haeba e se ea latolang hore Jesu ke Kreste?+ Enoa ke mohanyetsi oa Kreste,+ ea latolang Ntate le Mora.+ 23 E mong le e mong ea latolang Mora ka ho tšoanang ha a na Ntate.+ Ea bolelang hore o na le tumelo+ ho Mora o boetse o na le Ntate.+ 24 Ha e le lōna, seo le se utloileng ho tloha tšimolohong se ke se lule ho lōna.+ Haeba seo le se utloileng ho tloha tšimolohong se lula ho lōna, le tla boela le lule bonngoeng+ le Mora le bonngoeng le Ntate.+ 25 Ho feta moo, ena ke eona ntho e tšepisitsoeng eo a ileng a re tšepisa eona, bophelo bo sa feleng.+

26 Ke le ngolla lintho tsena mabapi le ba lekang ho le khelosa.+ 27 Ha e le lōna, ho tlotsoa+ hoo le ho amohetseng ho eena ho lula ho lōna, ’me ha ho hlokahale hore leha e le mang a le rute;+ empa, joalokaha ho tlotsoa ho tsoang ho eena ho le ruta ka lintho tsohle,+ ’me e le ’nete+ hape e se leshano, ’me feela joalokaha ho le rutile, le lule bonngoeng+ le eena. 28 Kahoo joale, bana ba banyenyane,+ le lule bonngoeng+ le eena, e le hore ha a bonahatsoa+ re ka bua ka bolokolohi+ ’me re se ke ra hlabisoa lihlong ho tloha ho eena ho beng teng ha hae.+ 29 Haeba le tseba hore o lokile,+ lea tseba hore e mong le e mong ea sebelisang ho loka o tsoetsoe ke eena.+

3 Bonang hore na ke lerato+ la mofuta ofe leo Ntate a re fileng lona, e le hore re ka bitsoa bana ba Molimo;+ ’me re bona. Ke ka lebaka leo lefatše+ le sa re tsebeng, hobane ha le mo tsebe.+ 2 Baratuoa, joale re bana ba Molimo,+ empa ho fihlela joale ha ho e-s’o bonahatsoe seo re tla ba sona.+ Rea tseba hore neng kapa neng ha a bonahatsoa+ re tla ba joaloka eena,+ hobane re tla mo bona feela joalokaha a le joalo.+ 3 E mong le e mong ea behileng tšepo ena ho eena oa itlhoekisa+ feela joalokaha eo a hloekile.+

4 E mong le e mong ea tloaetseng ho etsa sebe+ o boetse o tloaetse ho etsa tlōlo molao,+ kahoo sebe+ ke tlōlo ea molao. 5 Le lōna lea tseba hore o ile a bonahatsoa hore a tlose libe+ tsa rōna, ’me ha ho sebe+ ho eena. 6 E mong le e mong ea lutseng bonngoeng+ le eena ha aa tloaela ho etsa sebe;+ ha ho le ea mong ea tloaetseng ho etsa sebe ea mo boneng kapa ea mo tsebang.+ 7 Bana ba banyenyane, ho se ke ha e-ba le ea le khelosang; ea tsoelang pele ho etsa ho loka o lokile, feela joalokaha eo a lokile.+ 8 Ea tsoelang pele ho etsa sebe o simoloha ho Diabolose, hobane Diabolose o ’nile a etsa sebe ho tloha tšimolohong.+ Mora oa Molimo o ile a bonahatsoa+ ka morero ona, e leng, ho qhaqha mesebetsi ea Diabolose.+

9 E mong le e mong ea tsoetsoeng ke Molimo ha a tsoele pele ho etsa sebe,+ hobane peō ea Hae e ikatisang e lula ho eena, ’me a ke ke a tloaela ho etsa sebe, hobane o tsoetsoe ke Molimo.+ 10 Bana ba Molimo le bana ba Diabolose ba totobala ka ’nete ena: E mong le e mong ea sa tsoeleng pele ho etsa ho loka+ ha a simolohe ho Molimo, leha e le ea sa rateng mor’abo.+ 11 Kaha ona ke molaetsa oo le o utloileng ho tloha tšimolohong,+ hore re lokela ho ratana;+ 12 eseng joaloka Kaine, ea ileng a simoloha ho ea khopo ’me a bolaea+ mor’abo. O ile a mo bolaea ka lebaka lefe? Hobane mesebetsi ea hae e ne e le khopo,+ empa ea mor’abo e ne e lokile.+

13 Barab’eso, le se ke la hlolloa hore ebe lefatše le le hloile.+ 14 Rea tseba hore re fetile lefung ho ea bophelong,+ hobane re rata barab’abo rōna.+ Ea sa rateng o lula lefung.+ 15 E mong le e mong ea hloileng+ mor’abo ke ’molai,+ ’me lea tseba hore ha ho ’molai+ eo bophelo bo sa feleng bo lutseng ho eena.+ 16 Ka sena re tseba lerato,+ hobane eo o ile a nehelana ka moea oa hae bakeng sa rōna;+ ’me re tlamehile ho nehelana ka meea ea rōna bakeng sa barab’abo rōna.+ 17 Empa mang kapa mang ea nang le mokhoa oa lefatše lena oa ho tšehetsa bophelo+ ’me a bona mor’abo a hloka+ leha ho le joalo a mo koalla monyako oa qenehelo ea hae e bonolo,+ lerato la Molimo le lula ka tsela efe ho eena?+ 18 Bana ba banyenyane, a re se keng ra rata+ ka lentsoe kapa ka leleme,+ empa re rate ka ketso+ le ’nete.+

19 Re tla tseba ka sena hore re simoloha ’neteng,+ ’me re tla kholisa lipelo tsa rōna ka pel’a hae 20 mabapi le eng kapa eng eo lipelo tsa rōna li ka re tsoang ho eona,+ hobane Molimo o moholo ho lipelo tsa rōna ’me o tseba lintho tsohle.+ 21 Baratuoa, haeba lipelo tsa rōna li sa re tsoe, re bua ka bolokolohi ho Molimo;+ 22 eng kapa eng eo re e kōpang re e amohela ho eena,+ hobane re boloka litaelo tsa hae ’me re etsa lintho tse khahlisang mahlong a hae.+ 23 Ka sebele, ena ke taelo ea hae, hore re be le tumelo lebitsong la Mora oa hae Jesu Kreste+ le hore re ratane,+ feela joalokaha a ile a re fa taelo. 24 Ho feta moo, ea bolokang litaelo tsa hae o lula bonngoeng le eena, ’me eena o bonngoeng le eo;+ ’me re tseba ka sena hore o lutse bonngoeng le rōna,+ ka lebaka la moea+ oo a ileng a re fa oona.

4 Baratuoa, le se ke la lumela polelo e ’ngoe le e ’ngoe e bululetsoeng,+ empa lekang lipolelo tse bululetsoeng ho bona hore na li simoloha ho Molimo,+ hobane baprofeta ba bangata ba bohata ba kene lefatšeng.+

2 Le tseba polelo e bululetsoeng e tsoang ho Molimo+ ka sena: Polelo e ’ngoe le e ’ngoe e bululetsoeng e bolelang hore Jesu Kreste o tlile ka nama e simoloha ho Molimo,+ 3 empa polelo e ’ngoe le e ’ngoe e bululetsoeng e sa boleleng Jesu ha e simolohe ho Molimo.+ Ho feta moo, ena ke polelo e bululetsoeng ea mohanyetsi oa Kreste eo le utloileng hore ea tla,+ ’me joale e se e le lefatšeng.+

4 Bana ba banyenyane, le simoloha ho Molimo, ’me le hlōtse batho bao,+ hobane ea leng bonngoeng+ le lōna o moholo+ ho feta ea leng bonngoeng le lefatše.+ 5 Ba simoloha lefatšeng;+ ke ka lebaka leo ba buang se tsoang lefatšeng ’me lefatše lea ba mamela.+ 6 Re simoloha ho Molimo.+ Ea tsebang Molimo oa re mamela;+ ea sa simoloheng ho Molimo ha a re mamele.+ Ona ke mokhoa oo re elelloang ka oona polelo e bululetsoeng ea ’nete le polelo e bululetsoeng ea phoso.+

7 Baratuoa, a re tsoeleng pele ho ratana,+ hobane lerato+ le tsoa ho Molimo, ’me e mong le e mong ea ratang o tsoetsoe ke Molimo+ ’me o tseba Molimo.+ 8 Ea sa rateng ha a tsebe Molimo, hobane Molimo ke lerato.+ 9 Lerato la Molimo le ile la bonahatsoa ho rōna ka sena,+ hobane Molimo o ile a romela Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši+ lefatšeng e le hore re ka fumana bophelo ka eena.+ 10 Lerato le ka tsela ena, eseng hore re ratile Molimo, empa hore o ile a re rata ’me a romela Mora oa hae e le sehlabelo+ sa poelano+ bakeng sa libe tsa rōna.+

11 Baratuoa, haeba ona ke mokhoa oo Molimo a ileng a re rata ka oona, joale re tlamehile ho ratana.+ 12 Ha ho nako eo ka eona mang kapa mang a kileng a bona Molimo.+ Haeba re tsoela pele ho ratana, Molimo o lula ho rōna ’me lerato la hae le etsoa le phethahetseng ho rōna.+ 13 Re tseba ka sena hore re lutse bonngoeng+ le eena ’me eena o bonngoeng le rōna,+ hobane o re file moea oa hae.+ 14 Ho phaella moo, re bone+ ’me re paka+ hore Ntate o rometse Mora oa hae e le Mopholosi oa lefatše.+ 15 Mang kapa mang ea bolelang hore Jesu Kreste ke Mora oa Molimo,+ Molimo o lula bonngoeng le eena ’me eena o lula bonngoeng le Molimo.+ 16 Rea tseba ’me re lumetse lerato+ leo Molimo a nang le lona ho rōna.

Molimo ke lerato,+ ’me ea lulang leratong+ o lula bonngoeng le Molimo ’me Molimo o lula bonngoeng+ le eena. 17 Ona ke mokhoa oo ka oona lerato le entsoeng le phethahetseng ho rōna, e le hore re ka bua ka bolokolohi+ ka letsatsi la kahlolo,+ hobane, hantle feela kamoo eo a leng kateng, ke kamoo re leng kateng lefatšeng lena.+ 18 Ha ho tšabo leratong,+ empa lerato le phethahetseng le lahlela tšabo ka ntle,+ hobane tšabo e baka thibelo. Ka sebele, ea laoloang ke tšabo ha aa etsoa ea phethahetseng leratong.+ 19 Ha e le rōna, rea rata, hobane o ile a re rata pele.+

20 Haeba leha e le mang a re: “Ke rata Molimo,” leha ho le joalo a hloile mor’abo, o leshano.+ Etsoe ea sa rateng mor’abo,+ eo a mo boneng, a ke ke a rata Molimo, eo a e-s’o mo bone.+ 21 Re na le taelo ena e tsoang ho eena,+ hore ea ratang Molimo o lokela ho rata le mor’abo.+

5 E mong le e mong ea lumelang hore Jesu ke Kreste o tsoetsoe ke Molimo,+ ’me e mong le e mong ea ratang ea ileng a etsa hore ho tsoaloe o rata ea tsoetsoeng ke eo.+ 2 Re tseba ka sena hore re rata+ bana ba Molimo,+ ha re rata Molimo ’me re phetha litaelo tsa hae.+ 3 Etsoe se boleloang ke lerato+ la Molimo ke sena, hore re boloke litaelo tsa hae;+ leha ho le joalo litaelo tsa hae ha li boima,+ 4 hobane ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tsoetsoeng+ ke Molimo e hlōla lefatše.+ Ena ke tlhōlo+ e hlōtseng+ lefatše, tumelo ea rōna.+

5 Ke mang ea hlōlang+ lefatše+ haese ea nang le tumelo+ ea hore Jesu ke Mora oa Molimo?+ 6 Enoa ke ea ileng a tla ka metsi le mali, Jesu Kreste; eseng ka metsi+ feela, empa ka metsi le ka mali.+ Moea+ oa paka, hobane moea ke ’nete. 7 Etsoe ho na le tse tharo tse pakang, 8 moea+ le metsi+ le mali,+ ’me tse tharo tsena lia lumellana.+

9 Haeba re amohela bopaki boo batho ba fanang ka bona,+ bopaki boo Molimo a fanang ka bona bo boholo, hobane bona ke bopaki boo Molimo a fanang ka bona, hore o pakile+ malebana le Mora oa hae. 10 Motho ea behang tumelo ea hae ho Mora oa Molimo o na le bopaki+ bo fanoeng tabeng ea hae. Motho ea se nang tumelo ho Molimo o mo entse ea leshano,+ hobane ha aa beha tumelo ea hae bopaking bo fanoeng,+ boo Molimo e le paki+ a faneng ka bona malebana le Mora oa hae. 11 Bona ke bopaki bo fanoeng, hore Molimo o ile a re fa bophelo bo sa feleng,+ ’me bophelo bona bo ho Mora oa hae.+ 12 Ea nang le Mora o na le bophelo bona; ea se nang Mora oa Molimo ha a na bophelo bona.+

13 Ke le ngolla lintho tsena e le hore le ka tseba hore le na le bophelo bo sa feleng,+ lōna ba behang tumelo ea lōna lebitsong la Mora oa Molimo.+ 14 Ena ke kholiseho eo re nang le eona ho eena,+ hore, ho sa tsotellehe hore na ke eng eo re e kōpang ho ea ka thato ea hae, oa re utloa.+ 15 Ho ekelletsa moo, haeba re tseba hore oa re utloa mabapi le eng kapa eng eo re e kōpang,+ rea tseba hore re tla ba le lintho tse kōpiloeng kaha re li kōpile ho eena.+

16 Haeba leha e le mang a re heli! ’me a bona mor’abo a etsa sebe se sa tliseng lefu,+ o tla kōpa, ’me o tla fana ka bophelo ho eena,+ e, ho ba sa etseng sebe e le hore ba itlisetse lefu.+ Ho na le sebe se tlisang lefu. Ha ke mo bolelle hore a etse kōpo malebana le sebe seo.+ 17 Ho se loke hohle ke sebe;+ leha ho le joalo ho na le sebe se sa tliseng lefu.

18 Rea tseba hore motho e mong le e mong ea tsoetsoeng ke Molimo+ ha aa tloaela ho etsa sebe, empa Ea+ tsoetsoeng ke Molimo oa mo lebela, ’me ea khopo ha a mo tseparele.+ 19 Rea tseba hore re simoloha ho Molimo,+ empa lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.+ 20 Empa rea tseba hore Mora oa Molimo o tlile,+ ’me o re file matla a kelello+ e le hore re ka ba le tsebo ea oa ’nete.+ Re bonngoeng+ le oa ’nete, ka Mora oa hae Jesu Kreste. Enoa ke Molimo oa ’nete+ le bophelo bo sa feleng.+ 21 Bana ba banyenyane, le itebele litšoantšong tse rapeloang.+

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela