Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • bi12 2 Petrose 1:1-3:18
  • 2 Petrose

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • 2 Petrose
  • Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
2 Petrose

La Bobeli la Petrose

1 Simone Petrose, lekhoba+ le moapostola+ oa Jesu Kreste, ho ba fumaneng tumelo, eo e leng tokelo e lekanang le ea rōna,+ ka ho loka+ ha Molimo oa rōna le Mopholosi Jesu Kreste:+

2 E se eka le ka ekeletsoa+ mosa o sa tšoanelang le khotso ka tsebo e nepahetseng+ ea Molimo le ea Jesu Morena oa rōna, 3 joalokaha matla a hae a bomolimo a re file ka bolokolohi lintho tsohle tse malebana le bophelo+ le boinehelo ba bomolimo,+ ka tsebo e nepahetseng ea ea re bitsitseng+ ka khanya+ le bokhabane. 4 Ka lintho tsena o re file ka bolokolohi litšepiso tsa bohlokoa le tse khōlō haholo,+ e le hore ka tsona le ka ba le karolo sebōpehong+ sa bomolimo,+ le phonyohile ho boleng ho leng lefatšeng+ ka takatso e feteletseng.

5 E, ka lebaka lona lena, ka ho tlatsetsa ha lōna ha le arabela ka boiteko bohle bo tiileng,+ tumelong ea lōna le eketse bokhabane,+ bokhabaneng ba lōna le eketse tsebo,+ 6 tsebong ea lōna le eketse boitšoaro, boitšoarong+ ba lōna le eketse mamello, mamellong ea lōna le eketse boinehelo ba bomolimo,+ 7 boinehelong ba lōna ba bomolimo le eketse boikutlo bo mofuthu ba bara ba motho, boikutlong ba lōna bo mofuthu ba bara ba motho le eketse lerato.+ 8 Etsoe haeba lintho tsena li le teng ho lōna ’me li khaphatseha, li tla le thibela ho ba ba sa sebetseng kapa ba sa beheng+ mabapi le tsebo e nepahetseng ea Morena oa rōna Jesu Kreste.

9 Etsoe haeba lintho tsena li le sieo ho mang kapa mang, o foufetse, o koalla mahlo a hae leseli,+ ’me o fetohile ea lebalang+ ho hloekisoa+ ha hae libeng tsa hae tsa khale. 10 Ka lebaka lena, barab’eso, le etse haholoanyane sohle se matleng a lōna ho itiisetsa ho bitsoa+ le ho khethoa+ ha lōna; etsoe haeba le tsoela pele ho etsa lintho tsena ho hang le ke ke la hlōleha le ka mohla.+ 11 Ha e le hantle, ka tsela ena le tla ekeletsoa ka ho enneng ho kena+ ’musong o sa feleng+ oa Morena le Mopholosi oa rōna Jesu Kreste.+

12 Ka lebaka lena kamehla ke tla le hopotsa+ lintho tsena, le hoja le li tseba ’me le tsepame ’neteng+ e teng ho lōna.+ 13 Empa ke ho nka ho nepahetse, hafeela ke le tabernakeleng+ ena, ho le tsosa ka ho le hopotsa,+ 14 joalokaha ke hlile ke tseba hore ho tlosoa ha tabernakele ea ka ho tla tloha ho etsahala,+ feela joalokaha le Morena oa rōna Jesu Kreste a ile a mpontša.+ 15 Kahoo ke tla etsa sohle se matleng a ka le ka linako tsohle e le hore, ka mor’a hore ke tlohe,+ le ka khona ho bolela lintho tsena bakeng sa lōna.

16 Che, ha rea ka ra le tsebisa matla le ho ba teng ha Morena oa rōna Jesu Kreste+ ka ho latela lipale tsa bohata+ tse qapiloeng ka bomene-mene, empa ka hore re bile lipaki tse boneng ka mahlo tsa botle ba hae bo hlollang.+ 17 Etsoe o ile a amohela ho Molimo Ntate tlhompho le khanya,+ ha mantsoe a kang ana a ne a fetisetsoa ho eena ka khanya e hlollang: “Enoa ke mora oa ka, ea ratoang, eo ke mo amohetseng.”+ 18 E, re ile ra utloa+ mantsoe ana a fetisoa ho tsoa leholimong ha re ntse re e-na le eena thabeng e halalelang.+

19 Ka lebaka leo re na le lentsoe la boprofeta+ le tiisitsoeng haholoanyane;+ ’me le etsa hantle ha le le ela hloko joaloka lebone+ le khanyang sebakeng se lefifi, ho fihlela letsatsi le chaba le naleli ea meso+ e hlaha, ka lipelong tsa lōna. 20 Etsoe le tseba sena pele, hore ha ho boprofeta ba Lengolo bo hlahang tlhalosong leha e le efe ea botho.+ 21 Etsoe ha ho nako eo ka eona boprofeta bo ileng ba tlisoa ke thato ea motho,+ empa batho ba ile ba bua ho tsoa ho Molimo+ ha ba ntse ba khannoa ke moea o halalelang.+

2 Leha ho le joalo, ho ile ha boela ha e-ba le baprofeta ba bohata har’a batho, joalokaha ho tla boela ho be le mesuoe ea bohata har’a lōna.+ E tla tlisa ka lenyele maquloana a timetsang ’me e tla latola esita le monghali ea e rekileng,+ e itlisetsa timetso e potlakileng. 2 Ho feta moo, ba bangata ba tla latela+ liketso tsa eona tsa boitšoaro bo hlephileng,+ ’me ka lebaka la eona tsela ea ’nete e tla nyefoloa.+ 3 Hape, ka ho chacheha ka mohono e tla le hanyapetsa ka mantsoe a iqapetsoeng.+ Empa bakeng sa eona, kahlolo ea ho tloha khale+ ha e tsamaee butle, le timetso ea eona ha e otsele.+

4 Ka sebele haeba Molimo a sa ka a tlohela ho fana ka kotlo ho mangeloi+ a ileng a etsa sebe, empa, ka ho a akhela Tartarase,+ a nehelana ka ’ona likoting tsa lefifi le letšo-letšo hore a bolokeloe kahlolo;+ 5 ’me a sa ka a ithiba ho faneng ka kotlo ho lefatše+ la boholo-holo, empa a sireletsa Noe, ’moleli oa ho loka,+ hammoho le ba bang ba supileng+ ha a tlisa moroallo+ holim ’a lefatše la batho ba se nang bomolimo; 6 ’me ka ho fetola metse ea Sodoma le Gomora molora a e ahlola,+ a behela batho ba se nang bomolimo mohlala oa lintho tse tlang ho tla;+ 7 ’me a lopolla Lota+ ea lokileng, ea neng a ba mahlomoleng haholo ke ho inehella boitšoaro bo hlephileng+ ha batho ba nyelisang molao— 8 etsoe monna eo ea lokileng ka seo a neng a se bona le ho se utloa ha a ntse a lula har’a bona letsatsi le letsatsi o ne a hlokofatsa moea oa hae o lokileng ka lebaka la liketso tsa bona tse sa eeng ka molao— 9 Jehova o tseba ho lopolla batho ba boinehelo ba bomolimo tekong,+ empa ho bolokela batho ba sa lokang letsatsi la kahlolo hore ba khaoloe,+ 10 leha ho le joalo, haholo-holo ba tsoelang pele ho latela nama ka takatso ea ho e+ silafatsa le ba khellang borena tlaase.+

Ba iteta sefuba, ba ngangella thato ea bona, ha ba thothometsoe ke ba khanyang empa baa nyefola,+ 11 athe mangeloi, le hoja a le maholo ka matla le bonatla, ha a tlise qoso khahlanong le bona ka mantsoe a nyefolang,+ ha aa etse joalo ka lebaka la ho hlompha Jehova.+ 12 Empa batho bana, joaloka liphoofolo tse sa nahaneng tseo ka tlhaho li tsoaletsoeng ho tšoaroa le ho timetsoa, linthong tseo ho tsona ba hlokang tsebo ’me ba nyefola,+ ba tla be ba timele tseleng ea bona ea timetso, 13 ba intša kotsi+ e le moputso oa ho etsa phoso.+

Ba nka bophelo ba menono motšehare e le monyaka.+ Ke matheba le likoli, ba inehella ka thabo e se nang boithibo lithutong tsa bona tse thetsang ha ba ntse ba keteka hammoho le lōna.+ 14 Ba na le mahlo a tletseng bofebe+ le a sa khoneng ho khaotsa sebe,+ ’me ba eka meea e sa tsitsang. Ba na le lipelo tse koetliselitsoeng ho chacheha ka mohono.+ Ke bana ba rohakiloeng.+ 15 Ka ho tlohela tsela e otlolohileng, ba khelositsoe. Ba latetse tsela ea Balame,+ mora oa Beore, ea ileng a rata moputso oa ho etsa phoso,+ 16 empa a khalemeloa bakeng sa ho tlōla ha hae se neng se nepahetse.+ Pelesa e sa tsebeng ho bua, ha e bua ka lentsoe la motho,+ ea sitisa tsela ea bohlanya ea moprofeta eo.+

17 Bana ke liliba tse se nang metsi,+ le meholi e khannoang ke sefefo se befileng, ’me ba boloketsoe botšo ba lefifi.+ 18 Etsoe ba bua lipolelo tsa boikhohomoso tse sa ruiseng letho, ’me ka litakatso tsa nama+ le ka mekhoa e hlephileng ba eka+ bao e leng hona ba phonyohang+ ho batho ba itšoereng ka mokhoa o fosahetseng. 19 Ha ba ntse ba ba tšepisa tokoloho,+ bona ba phela e le makhoba a ho bola.+ Etsoe mang kapa mang ea hlōloang ke e mong o etsoa lekhoba ke enoa.+ 20 Ka sebele haeba, ka mor’a ho phonyoha litšilafatsong tsa lefatše+ ka tsebo e nepahetseng ea Morena le Mopholosi Jesu Kreste, ba kena hape linthong tsona tsena ’me ba hlōleha,+ maemo a ho qetela a bile mabe bakeng sa bona ho feta a pele.+ 21 Etsoe ho ka be ho bile molemo ho bona ha ba ne ba sa tseba tsela ea ho loka+ ka mokhoa o nepahetseng ho e-na le hore ka mor’a ho e tseba ka mokhoa o nepahetseng ba furalle taelo e halalelang eo ba e nehiloeng.+ 22 Polelo ea maele a ’nete e ba etsahaletse: “Ntja+ e khutletse mahlatseng a eona, le kolobe e tšehali e ileng ea hlatsuoa e khutletse ho ipitikeng seretseng.”+

3 Baratuoa, joale lena ke lengolo la bobeli leo ke le ngollang lona, leo ho lona, joaloka ho la ka la pele,+ ka khopotso+ ke tsosang matla a lōna a hlakileng a ho nahana, 2 e le hore le ka hopola lipolelo tse ileng tsa buuoa pele ke baprofeta+ ba halalelang le taelo ea Morena le Mopholosi ka baapostola ba lōna.+ 3 Etsoe le tseba sena pele, hore matsatsing a ho qetela+ ho tla tla basomi+ ka ho soma ha bona, ba tsoela pele ho ea ka litakatso tsa bona+ 4 ba re:+ “Ho kae ho ba teng hoo ho tšepisitsoeng ha hae?+ Ka sebele, ho tloha letsatsing la ha baholo-holo ba rōna ba robala lefung, lintho tsohle li tsoela pele hantle feela joaloka ho tloha tšimolohong ea pōpo.”+

5 Etsoe, ho ea ka takatso ea bona, ha ba ele hloko ’nete ena, hore ho ne ho e-na le maholimo+ ho tloha khale le lefatše le neng le eme le setlellane ho tsoa metsing+ le har’a metsi+ ka lentsoe la Molimo; 6 ’me ka mekhoa eo lefatše la nakong eo le ile la timela ha le koaheloa ke metsi.+ 7 Empa ka lentsoe le tšoanang maholimo+ le lefatše+ tse teng hona joale li boloketsoe mollo+ ’me li ntse li bolokiloe ho fihlela letsatsing la kahlolo+ le la timetso ea batho ba se nang bomolimo.+

8 Leha ho le joalo, le ele hloko ’nete ena e le ’ngoe, baratuoa, hore letsatsi le le leng ho Jehova le joaloka lilemo tse sekete ’me lilemo tse sekete li joaloka letsatsi le le leng.+ 9 Jehova ha a liehe mabapi le tšepiso ea hae,+ joalokaha batho ba bang ba ho nka e le tieho, empa ha a le felle pelo hobane ha a lakatse hore leha e le mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.+ 10 Empa leha ho le joalo letsatsi+ la Jehova le tla tla joaloka lesholu,+ leo ka lona maholimo a tla feta+ ka lerata le sheshang le hlabang,+ empa thepa ea motheo e le e chesang ka matla haholo e tla qhibiliha,+ ’me lefatše+ le mesebetsi e ho lona li tla pepesoa.+

11 Kaha lintho tsena tsohle li tla qhibiliha ka tsela eo, le tšoanela ho ba batho ba mofuta ofe liketsong tse halalelang tsa boitšoaro le liketsong tsa boinehelo ba bomolimo, 12 le letile+ ’me le lutse le hopola ho ba teng ha letsatsi la Jehova,+ leo ka lona maholimo ha a cha a tlang ho qhibiliha+ le thepa ea motheo ha e chesa ka matla haholo e tlang ho qhibiliha! 13 Empa ho na le maholimo a macha+ le lefatše le lecha+ tseo re li letetseng ho ea ka tšepiso ea hae, ’me ho loka ho tla aha ho tsona.+

14 Kahoo, baratuoa, kaha le letetse lintho tsena, le etse sohle se matleng a lōna hore qetellong a le fumane le se na letheba+ ebile le se na sekoli ’me le le khotsong.+ 15 Ho feta moo, le nke ho se fele pelo ha Morena oa rōna e le poloko, feela joalokaha mor’abo rōna ea ratoang Pauluse ho ea ka bohlale+ boo a bo filoeng le eena a ile a le ngolla,+ 16 a bua ka lintho tsena joalokaha a etsa le mangolong ’ohle a hae. Leha ho le joalo, ho ’ona ho na le lintho tse ling tse thata ho utloisiseha, tseo ba sa rutoang le ba sa tsitsang ba li sothang, joalokaha ba etsa le ka Mangolo a mang kaofela,+ e leng ho isang timetsong ea bona.

17 Ka hona, lōna baratuoa, le e-na le tsebo ena e fanoeng esale pele,+ le itebele e le hore le se ke la hulanngoa hammoho le bona ke phoso ea batho ba nyelisang molao ’me la oa ho tieeng ha lōna.+ 18 Che, empa le tsoele pele ho hōla moseng o sa tšoanelang le tsebong ea Morena le Mopholosi oa rōna Jesu Kreste.+ Ho eena e be khanya hona joale hammoho le ho isa letsatsing la bosafeleng.+

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela