Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • nwt Juda 1-25
  • Juda

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Juda
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Juda

LENGOLO LA JUDA

1 ’Na Juda, lekhoba la Jesu Kreste ebile ke le ngoan’abo Jakobo,+ ke ngolla lona ba bitsitsoeng+ ba ratoang ke Molimo Ntate ’me ba sirelelitsoe e le hore ba tle ba be le Jesu Kreste:+

2 E se eka le ka ekeletsoa mohau, khotso le lerato.

3 Baratuoa, ke ne ke leka kahohle ho le ngolla ka poloko e re tsoelang molemo kaofela.+ Empa ke ile ka bona ho hlokahala hore ke le ngolle ho le eletsa hore le loane ntoa e thata bakeng sa tumelo+ eo bahalaleli ba ileng ba e fuoa hanngoe ebile e le la ho qetela.* 4 Lebaka la ka la ho le ngolla ke hore batho ba itseng bao Mangolo a boletseng khale hore ba tla ahloloa, ba kene har’a lona ka sekhukhu. Ke batho ba sa rateng Molimo, ba fetolang mosa* oa Molimo oa rona lebaka la ho ikemela ka boitšoaro ba bona bo bobe boo ba bo etsang ba sa soabe.*+ Ha ba tšepahalle eo e leng eena feela mong’a rona le Morena oa rona, Jesu Kreste.+

5 Le hoja le se le ntse le tseba taba ena, ke batla ho le hopotsa hore leha Jehova* a ile a pholosa batho ho tsoa naheng ea Egepeta,+ ka mor’a moo o ile a felisa ba se nang tumelo.+ 6 Hape mangeloi a sa kang a lula boemong ba ’ona ba pele empa a furalla sebaka seo a lulang ho sona,+ o a fasitse lefifing le letšo-letšo ka liketane tseo ho seng mohla li tla khaoha ho fihlela mangeloi ao a ahloloa letsatsing le leholo.+ 7 Ka tsela e tšoanang, baahi ba metse ea Sodoma le Gomora le ba metse e haufi le bona ba ile ba inehella boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano* le litakatso tseo e seng tsa tlhaho.+ Metse eo e ileng ea ahloloa ’me ea fuoa kotlo ea mollo o sa feleng,+ ke temoso ho rona.

8 Ho sa tsotellehe temoso eo, batho bana le bona ba lula ba nahana* lintho tse fosahetseng, ba silafatsa ’mele ea ba bang, ha ba hlomphe bolaoli ’me ba bua hampe ka bao Molimo a ba fileng boemo bo hlomphehang.+ 9 Empa ha Mikaele+ lengeloi le ka sehloohong+ a ne a pheha khang le Diabolose ka setopo sa Moshe,+ ha aa ka a khetha ho mo ahlola ka mantsoe a nyefolang+ empa o ile a re: “E se eka Jehova* a ka u fa kahlolo e u loketseng.”*+ 10 Empa batho bana ba bua hampe ka lintho tsohle tse halalelang tseo ba sa li utloisiseng.+ Ba joaloka liphoofolo tse sa nahaneng,+ ba itšilafatsa ka liketso tsa bona tse bophoofolo.

11 Ba malimabe kaha ba latetse tsela ea Kaine,+ ba mathetse tseleng e fosahetseng ea Balame+ bakeng sa moputso ’me ba timelitsoe kaha ba buile mantsoe a borabele+ joaloka Kora.+ 12 Ha ba le meketeng ea lona* ba ntse ba keteka le lona, ba joaloka mafika a kotsi* a patehileng tlas’a metsi.+ Ke balisa ba inahanetseng limpa tsa bona feela.+ Ke maru a se nang metsi, a isoang koana le koana ke moea.+ Ke lifate tse se nang litholoana qetellong ea lehoetla, tse omeletseng habohloko* le tse fothotsoeng. 13 Ke maqhubu a leoatle le befileng a hlatsang litšila tse neng li lokela ho ba hlabisa lihlong.+ Ke linaleli tse lelerang ’me Molimo o li behile lefifing le letšo-letšo moo li tla lula teng ho ea ho ile.+

14 Enoke+ e leng oa bosupa ho tloha ho Adama le eena o ile a profeta ka bona a re: “Jehova* o ile a tla ka mangeloi a hae a halalelang a likete-kete*+ 15 ho liha kahlolo khahlanong le batho bohle,+ ho fumana bohle ba sa hlompheng Molimo ba le molato oa liketso tsohle tsa bona tse khopo. Molimo o tla etsa joalo hobane ba entse liketso tse khopo ’me ha ba mo hlomphe ba bile ba bua lintho tse tšosang ka eena.”+

16 Batho bana ba rata ho korotla+ ’me ba tletleba ka lintho tse ba hlahelang bophelong. Ba inehella litakatso tsa bona+ ’me ba utloahala ka lipuo hore baa ikhohomosa. Ba ea ka tšobotsi* e le hore ba iphumanele melemo.+

17 Ha e le lona baratuoa, le hopole lipolelo tseo baapostola ba Morena oa rona Jesu Kreste ba kileng ba li bua.* 18 Ba ne ba atisa ho re ho lona: “Mehleng ea bofelo* ho tla ba le basomi, ba laoloang ke litakatso tsa bona tse khopo.”+ 19 Batho bana ke bona ba bakang likarohano,+ ba itšoereng joaloka liphoofolo* le ba se nang moea oa Molimo. 20 Empa lona baratuoa, le matlafatse tumelo ea lona e halalelang ka ho fetisisa ’me le rapele ka thuso ea moea o halalelang.+ 21 Ka ho etsa joalo, le tla lula le ratoa ke Molimo+ ha le ntse le letetse mohau oa Morena oa rona Jesu Kreste ’me le lebeletse bophelo bo sa feleng.+ 22 Hape le ’ne le hauhele+ ba sa kholisehang ka tumelo ea bona,+ 23 ba pholoseng+ ka ho ba ntša mollong.* Empa le ’ne le hauhele ba bang. Le be hlokolosi ha le etsa joalo esere ba le silafatsa ka liketso tsa bona tse khopo.*+

24 Molimo ea khonang ho le thusa hore le se ke la khoptjoa le ho le hlahisa ka pel’a khanya ea hae le se na molato+ le bile le thabile haholo, 25 ke eena feela Mopholosi oa rona ka Jesu Kreste Morena oa rona. Ho eena e be tlotla, ho hlompheha, matla le bolaoli ho tloha linakong tsa khale-khale, hona joale le ka ho sa feleng. Amen.

Kapa: “hang le ka ho ke keng ha phetoa.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “boitšoaro bo hlabisang lihlong.” Ka Segerike ke a·sel′gei·a. Sheba Tlhaloso.

Sheba Ntlha ea A5.

Ka Segerike ke por·nei’a. Sheba Tlhaloso.

Kapa: “ba lora.”

Sheba Ntlha ea A5.

Kapa: “E se eka Jehova a ka u khalemela ka matla.”

Ka Segerike: “meketeng ea lona ea lerato.”

Mafika a motsu a ka metsing a ka phunyang sekepe, a ntša batho kotsi kapa a ba bolaea.

Ka Segerike: “tse shoeleng habeli.”

Sheba Ntlha ea A5.

Kapa: “limiriade.”

Kapa: “Ba rorisa batho.”

Kapa: “ba li profetileng.”

Ka Segerike: “Nakong ea ho qetela.”

Kapa: “ba sa rateng Molimo.”

Kapa: “e le hore ba se ke ba felisoa.”

Ka Segerike: “Le hloee esita le seaparo sa ka hare se silafalitsoeng ke nama.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela