Lefatše ho Tloha ka 1914
Karolo ea 8—1970-1986 Ha Lefatše le Ntse le Arohana, Tšepo ea Hao e ’Ne e Khanye Haholoanyane!
NA U tšoenyehile, u ferekane, ebile mohlomong u tšositsoe ke maemo a lefatše? Haeba ho joalo, tšelisoa ke mantsoe a Henry Wadsworth Longfellow, e mong oa bathothokisi ba tsebahalang ba United States ba lekholong la bo19 la lilemo. O ngotse: “Empa ha meso e ntse e atamela bosiu bo ntse bo eba lefifi ho feta.”
Bahatisi ba Tsoha! ba nahana hore mantsoe ana a tšoanela lefatše la rōna ho tloha ka 1914. Ho ea ka thuto ea bona ea Bibele, ba lumela hore lefifi le eketsehang la bosiu ba lefatše lena ke pontšo feela ea ho atamela ha meso ea letsatsi le lecha le khanyang. Se etsahetseng ho tloha ka 1970 se matlafatsa tumelo ea bona. Nahana ka bopaki.
Ho Felisoa ha Khotso Lefatšeng
Ka 1970 ntoa ea likhukhuni ea qhoma Philippines; ka 1976 ha simolla bora pakeng tsa Afrika Boroa le Angola. Nakoana kamor’a moo Vietnam le Kampuchea (Cambodia) tsa qala ntoa ea boraro India le Chaena nakong e ka tlaase ho lilemo tse 35. Ka 1980 lichaba tsa Mamoseleme tsa Iran le Iraq tsa qala ho bolaeana. Selemo hamorao, ntoa ea likhukhuni e ne e loana Nicaragua. Ka 1982 Brithani le Argentina tsa loanela Lihlekehleke tsa Falkland. Ka kakaretso ho qhomme lintoa tse fetang 50 ho tloha ka 1970.
Mofuta o mong oa ntoa—botšosi—bo ileng ba eketseha ka bo-1970. Nahana ka batho ba bang ba tsebahalang ba bolailoeng ke litlhaselo tsa batšosi kapa ke kulo ea mofenethi. Tonakholo ea Spain Luis Carrero Blanco ka 1973; King Faisal oa Saudi Arabia le Mopresidente Mujibur Rahman oa Bangladesh ka 1975; moetapele oa Itali Aldo Moro, ka 1978; Mopresidente oa Korea Boroa Park Chung Hee le motsoala oa Mofumahali oa Engelane, Lord Mountbatten, ka 1979; ka 1981 ha bolaoa Mopresidente oa Egepeta Anwar Sadat; ’me ka 1984 tonakholo ea India Indira Gandhi. Lilemong tsona tseo, boiteko bo sa atlehang bo entsoe bophelong ba litonakhōlō tsa U.S. Gerald Ford, le Ronald Reagan, tonakholo ea Brithani Margaret Thatcher, le Mopapa John Paul II.
Kapa nahana ka lihlopha tseo e bileng bahlaseluoa ba botšosi. Lipapaling tsa Olympiki Munich, batšoaruoa ba lipolotiki ba bakoetili ba siea batho ba 17 ba shoele, ho kopanyeletsa le limathi tse 11 tsa Iseraele. Matona a 11 a OPEC a kopaneng Vienna, Austria, ka 1975, a ne a le lehlohonolo le hoja a ne a tšoeroe, a ile a pholosa bophelo ba ’ona. Ketsahalo e tšosang Amerika e qalileng ka 1979 ha baahi ba 52 ba U.S. ba ne ba tšoeroe Iran ka nako e fetang selemo. Bomo e qhommeng tlung e lefifi Burma ea bolaea batho ba 19 ka 1983, ho kopanyeletsa le baetapele ba 16 ba Korea Boroa ba etileng. Ka 1985 Sefofane sa India sa soahlamana leoatleng la Atlantic ha se tloha lebopong la Ireland; ’me batho ba 329 ba shoa.
Lipalo-palo tsena e mpa e le makumane feela. Ka mohlala, Ireland Leboea le Lebanone, botšosi ke bophelo ba letsatsi le letsatsi. Encyclopedia e tsebahalang e boletse hore “mosebetsi oa bokoeteli ba lifofane ka tšusumetso ea bopolotiki ebile bothata ba machaba ka bo-1970, ’me bo tsoetse pele ho fihla mathoasong a bo-1980.” Le hoja uena ka bouena u e-s’o angoe ke botšosi, ho ka etsahala hore bo u ame—ka lebaka la bochaba ba hao kapa ho ba sebakeng se fosahetseng ka nako e fosahetseng.
Ka ho talima mabaka ana le a mang, ke mang ea ka latolang hore ‘khotso e felisitsoe lefatšeng,’ joalokaha Tšenolo 6:4 e profetile hore ho tla ba joalo? Ho sa le joalo, sena ha se tlose tšepiso ea pelenyana ea Bibele: “O felisitse lintoa ho isa pheletsong ea lefatše.” (Pesaleme ea 46:9) Na ho teng khatelopele e entsoeng ho felisa ntoa ho tloha ka 1970?
Ho Hahamalla Khotso Empa ho Tšoeroe Lerumo
Ka 1970 Mopresidente oa U.S. Nixon a phatlalatsa boikemisetso ba ’muso oa hae ba hore “mehla ea qhoebeshano” e nkeloe sebaka ke “mehla ea litherisano.” Khotso e ne e tla kokobetsa bora. Linaha tse matla tsa lefatše tsa lumella ho tšoara Litherisano tsa ho Fokotsa Libetsa (SALT), tseo ka 1972 le 1979 li ileng tsa atleha empa e seng ka ho feletseng. Bora bo bohloko Berlin ba kokobela ha kamano pakeng tsa Jeremane tse peli e ntlafala. Ka 1973 Seboka sa Lichaba tse 35 sa Tšireletso le Tšebelisano Europa sa buloa Helsinki. Litebello tsa hōla.
Leha ho le joalo, khatelopele e ne e sa felle Europa feela. Kamor’a lilemo tse mashome a mabeli tsa bora, United States le Batho ba Rephaboliki ea Chaena ba qala ho haha maqhama a botsoalle. Litherisano tsa bona li ne li bitsoa Ping-Pong ka baka la ho se tsitse ha tsona. Khabareng, linaheng tse tletseng bora tsa Bochabela bo Hare ha bonahala litherisano tse sa tsitsang li sebetsa. Qetellong ka Tlhakubele 1979, kamor’a litumellano tsa Camp David, ha saenoa selekane sa khotso sa Iseraele le Egepeta.
Likhatelopele tsena, esita le tse ling, li bontša hore ho tloha ka 1970 lefatše le ntse le batla khotso. Machaba a Kopaneng a tsebisitse hore 1986 e tla ba Selemo sa Khotso sa Machaba ho tiisa seo. Ho hlakile hore ea ‘felisang lintoa,’ eo Bibele e mo supang ha se motho leha e le ofe, empa ke Molimo. Hape, boprofeta ba Bibele bo bolela hore pele Molimo o etsa joalo, batho ba tla re, “Khotso le tšireletseho.”—1 Ba-Thessalonika 5:3, NW.
Empa ha lefatše le hahamaletse khotso ka letsoho le leng, ka le leng le tšoere lerumo le leholo. (Bapisa Tšenolo 6:4.) Ka mokhoa o belaetsang, le itlhomella ka libetsa ka lebelo le leholo. Mary Kaldor oa Lefapha la Liphuputso tsa Mahlale, Univesithing ea Sussex, o re bolella hore “ho tloha ka 1971 ho ea ho 1980, khoebo ea machaba ea thekiso ea libetsa e imenne habeli”—e seng feela ka lebaka la linaha tse matla tsa lefatše. “Thekiso e eketsehileng ea libetsa linaheng tse fokolang moruong e phahame haholo,” o boletse joalo.
Lilemong tse leshome le halofo tse fetileng, tšireletso e ile ea fetoha taba ea bohlokoa hoo selemong se le seng lichaba tse 77 li sebelisitseng chelete e fetang karolo ea 10 lekholong ea moruo oa naha sesoleng. Lichaba tse 20, tseo boholo ba tsona li leng Bochabela bo Hare, li sebelisa chelete e fetang kotara bakeng sa tšireletso. Lena ke lefatše leo ho tloha ka 1945 ho boleloang hore le bile le khotso!
Ha ho makatse ha moetapele oa sesole a itse re phela “mehleng ea khotso e mabifi.” Ke ka lebaka leo mokhatlo oa Machaba a Kopaneng le litho tsa ’ona tse 159 bofelong ba 1985—ho tloha ho tse 127 ka 1970—o qobeletsoeng ho boloka khotso ea machaba le tšireletseho. Litebello tse phahameng tse beiloeng ho ’ona ha lia phethahatsoa. Moqolotsi oa litaba Richard Ivor o re lebaka le leng la ho hlōleha ha ’ona ke hobane “ha o e-s’o atlehe ho fetola lipelo le mehopolo ea batho bao mohlomong ba etellang pele naheng kapa ho fetola mehopolo le lipelo tsa litho tsa oona.” Hugh Caradon, lenģosa la Brithani la nako e fetileng Machabeng a Kopaneng, o hlalosa ka bokhutšoanyane: “Ha ho letho le phoso ka Machaba a Kopaneng—ha e se litho tsa ’ona feela.”
Ebang u lumela mantsoe ao kapa che, hona joale ho feta leha e le neng pele, moruo, bolumeli, kapa lipolotiki naheng e le ’ngoe ka potlako li ka qholotsa ntoa lefatšeng lohle.
Mathata a Moruo
Ka mohlala, na u sa hopola morao ka bo1970 ha OPEC e ne simolla ho eketsa theko ea oli ho tloha ho $4 ka 1981 ho ea ho $35? Phello ebile efe? “Sebetsa sena sa oli” ho bolela The New Encyclopcedia Britannica, “se ekelitse mathata a ho phahama le ho theoha ha moruo libakeng tsa khoebo tsa lichaba tse fokolang moruong ’me se bakile molato o boima oa chelete bakeng sa lichaba tse ling Europa; ’me se bakile tahlehelo e khōlō moruong oa lichaba tse fokolang moruong.”
Letona la moruo R. N. Gardner o hlokomelisa hore “tsamaiso ea joale ea mekhatlo ea moruo oa machaba e mpe ’me ha ho setho sa Machaba a Kopaneng se ka fetelang lekholong la bo21 la lilemo ntle ho ho etsa liphetoho tse itseng moruong oa tsona.” Linaha tse kang Mexico, Brazil, le Nigeria li se li le lintšing tsa ho felloa ke chelete. Ho se tsitse ha tsamaiso ea moruo oa lefatše ho tla ba le phello e kotsi nakong e tlang e haufi.
Bolumeli le Lipolokiti
Ka bo-1970 litšobotsi tse ling tse ncha bolumeling li ile tsa hlahella sethalleng sa lipolotiki. Ho tsoa United States ha phahama Jerry Falwell ka Moral Majority; ho tsoa Iran ke tsamaiso ea ayatollah e ipolelang hore ke ea puso ea Molimo; ho tsoa Europa ke baruti ba K’hatholike le Protestanta ba kenyang letsoho lipheong tsa khotso le mekoloko ea boipelaetso khahlanong le libetsa tsa nuclear; ho tsoa Afrika Boroa ke mohapi oa moputso oa Nobel, Mobishopo oa Chache Desmond Tutu khahlanong le khethollo ea ’mala. Empa ha ho lea mong ea ileng a bua ka ho itšepa ho hoholo joaloka Mopapa John Paul II oa Poland, eo letona le leng la Vatican le itseng ka eena: “Leha a bua ka ’Misa polelo eohle ea hae e tletse lipolotiki.”
Mathoasong a bo-1970, moqolotsi oa litaba o profetile hore “kamano mahareng a lipolotiki le bolumeli e ka ’na ea nka sebopeho se secha boemong ba sechaba bo fetohang [United States].” Ho fetse ha eba joalo, empa tšekamelo ena ha ea fella naheng e le ’ngoe feela. “Mantsoe ‘bolumeli’ le ‘lipolotiki’ a ile a tlamelloa jokong e le ’ngoe litabeng tsohle tsa lefatše ka 1984,” ho bolela 1985 Britannica Book of the Year. Empa ho teng khohlano e eketsehang mahareng a lipolotiki le bolumeli: “Likhohlano tse fokolang mahareng a baetapele ba ’muso le ba bolumeli ke bothata ba lefatše lohle.” Taba ena ea lerato le litšila mahareng a bolumeli le lipolotiki haufinyane e tla fella ka ntoa.—Tšenolo, khaolo 18.
Mathata a Eketsehang, Empa Tšepo e sa le Teng
“Se etsahetseng . . . ka bo-1970 le bo-1980,” ho ngola e mong oa baqolotsi ba litaba Georgie Anne Geyer, “ke hore lefatše le khutsitse empa ka ho phehellang le tsamaisoa ke karohano.” Ntle ho lisosa tsa karohano ena tse seng li boletsoe, na u ka nahana ka tse eketsehileng? Tšilafalo? Tšebeliso e mpe ea lithethefatsi? Boitšoaro bo bobe ba baetapele ba sechaba? Bothata ba baphaphathehi? Tlala? Mafu a macha joaloka lefu la matšoafo la Legionnaire, lefu la feberu le ’metso, esita le le tšajoang haholo la AIDS?
Liketsahalong tsena tsohle Lipaki tsa Jehova li bona bopaki ba hore lefifi la bosiu la lefatše lena le ea eketseha, joalokaha Bibele e profetile. Ho sa le joalo, Lipaki tse fetang 3 000 000 lefatšeng lohle—ho tloha ho tse 1 483 430 ka 1970—li tletse tšepo ka bokamoso. Lebaka la sena ke hobane e mong ea moholo ho feta Longfellow o re tšelisa ka tšepo ea hore “ha meso e atamela bosiu bo ntse bo eba lefifi ho feta.” Eo ke Mora oa Molimo ka boeena, eo, kamor’a ho bua ka maemo a mpefalang a mehla ea bofelo, a itseng: “Etlare ha tseo li qala ho hlaha, emisang lihlooho, ’me le lelale holimo, hobane topollo ea lona e tla be e atametse.”—Luka 21:28.
Ha ho motho ho rōna ea ka fetolang nako e fetileng kapa ho felisa masisapelo le tšotleho tseo batho ba bileng ho tsona LEFATŠENG HO TLOHA KA 1914. Empa re ka sebetsa ka bohlale ba Molimo ho lokisetsa bokamoso bo thabileng. Bohato ba pele ho etsa sena ke ho hopola hore maemo a lefatše a mpefalang ke bopaki bo ke keng ba latoloa ba hore bosiu bo lefifi ba puso ea bosatane bo haufi le ho fela le hore letsatsi le leholo la ho hlongoa ha ’Muso oa Molimo le atametse.
“Ha ho moputso o boloketsoeng motho ea khopo,” ho hlokomelisitse Morena Salomone ea bohlale. ’Me joalokaha a boletse, “ho tla ba le moputso” ho ba fumanang bohlale. (Liproverbia 24:14, 20, The Jerusalem Bible) Ho boetse ho a thahasellisa ho hlokomela mantsoe a eo e kileng ea eba Mopresidente oa U.S. Lyndon B. Johnson: “Re ke ke ra leka ho khutlisa tsa maobane, tse fetileng empa hosasane ke moputso oa rōna bakeng sa ho hlōla kapa ho hlōloa.” “Hosasane”—bokamoso bo sa feleng paradeiseng lefatšeng tlas’a ’Muso oa Molimo—ke ha motho ka mong “ho hlōla ka ho hlōloa.” Khetho ea hao e tla ba efe?
[Lebokose le leqepheng la 14]
Lihlooho tse Ling tse Etsang Litaba
1970—Rephaboliki ea Chaena ea Bokomonisi ea fetoha naha ea boraro lefatšeng ho romela satellite sebakeng
1973—Sesole se liha tsamaiso ea puso ea basebetsi Chile ’me ho qetella ka lefu la Mopresidente Allende
1974—Tlōlo e tlontlollang ea molao ea Watergate e qalileng ka 1972, e fihla sehlohlolong ha Mopresidente Nixon oa U.S. a theoha setulong ka masoabi a maholo
1976—Letoto la litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše, ho kopanyeletsa e ’ngoe Chaena e hlalositsoeng e bile sehlōhō ka ho fetisisa historing, e bolaile batho ba likete tse makholo
1978—Ngoana oa pele oa test-tube; Brithani
1979—Kotsi e tšabehang U.S. setsing sa taolo ea nuclear Sehleke-hlekeng sa Three Miles, Pennsylvania
1980—Thaba e thuntšang seretse se chesang ea St. Helens, U.S., ea phatloha
1981—Leeto la pele la sefofela-sebakeng sa U.S. Columbia
1983—Time e khetha computer e le “Monna oa Selemo”
1984—Masoviet a etsa histori ka ho lula matsatsi a 237 sebakeng
1985—Thaba e thuntšang seretse se chesang ea Colombia, Nevado del Ruiz, ea phatloha, ’me e bolaea batho ba 25 000
Tšisinyeho ea lefatše Motseng oa Mexico e bolaea batho ba likete
1986—Sefofa-sebakeng sa U.S. Challenger se phatloha ’me borasepaka-paka ba supileng ba shoa
Koluoa ea seteishene sa matla a nuclear sa Soviet Chernobyl se hasa tšilafatso Europa
[Litšoantšo tse leqepheng la 15]
E se eka karohano e potlakileng ea lefatše e ka etsa hore u emise hlooho ea hao le ho thabela tebello ea bophelo bo molemo lefatšeng le lecha