Bacha Baa Botsa . . .
Hobane’ng ha Lintho Tsa ka li Lokela ho ba Makhethe Hakale?
“Ke lekhetlo la ho qetela ke u bolella. Hleka kamore ea hao!”
NA U tloaelane le mantsoe ana? Ho ka ba joalo, kaha e se bohle ho rōna ba nang le tšekamelo ea tlhaho ka makhethe.
Leha ho le joalo, taeo e ka utloahala e le leeme ho uena. U ka rata ha kamore ea hao e se makhethe. Ntle ho moo, kaha u se u ntse u beetsoe melao e mengata bakeng sa ntlo eohle, na ho boetse ho loketse hore ho be le melao ka tsela eo u lokelang ho hleka kamore ea hao ka eona? U ka ba oa nahana hore ka hobane u sa noe kapa u sa sebelise lithethefatsi joaloka bacha ba bang, phoso e nyenyane e le ’ngoe e joaloka bohlasoa ke ntho e sa reng letho. Na ha se ’nete hore u na le metsoalle eo likamore tsa eona li tšabehang ka ho fetisisa? Joale, ke hobane’ng ha batsoali ba lokela ho khathatseha hakaana ka makhethe? Na ba na le mabaka a utloahalang a ho etsa joalo?
Makhethe a Bapisoa le Bohlasoa
U ka lakatsa eka batsoali ba hao ba ka latela keletso ea moprofesara e mong oa kelello ea itseng ho batsoali: “Ho molemo hore u koale monyako oa kamore e hlekemaneng.” Leha ho le joalo, ba bang ba hlokomela hore batsoali ba na le mabaka a matle a ho batla makhethe. Seithuti sa kelello Paul Adams se qotsitsoe ho Ladies’ Home Journal se re: “Hoa utloahala ho bolella ngoana hore kamore ea hae e lokela ho ba makhethe. Mo hlalosetse mabaka a ho bea molao. Mo bolelle hore ha a sa khone ho boloka kamore e hloekile e le makhethe bonyane kamoo ho ka khonehang u tla mo amoha litokelo tse itseng.”
Nahana ka hona, batsoali ba hao ba na le tokelo ea ho bea melao ekasita le bakeng sa kamore ea hao, na ha ho joalo? Ba sebelisitse nako e ngata le chelete hore u be le kamore eo e leng ea hao, ’me ba e rekela thepa. Ka hona, hoa utloahala hore ba bee melao ea hore na e ka hlokomeloa joang. U tla fumana ho le molemo ho e latela.
Henry W. Longfellow, thothokisong ea hae The Builders, o hlalositse mantsoe ana, “Ho molemohali ha ntho e ’ngoe le e ’ngoe e le sebakeng sa eona.” Ho bonahala batsoali ba hao ba lumela hore sena ke ’nete, kaha ho na le melemo e tlisoang ke ha “ntho e ’ngoe le e ’ngoe e le sebakeng sa eona.” E meng ea eona ke efe?
Melemo e Meng ea Makhethe
Molemo o mong o totobetseng ke hore ho bonolo ho fumana lintho. Motho ea bohlasoa a ka senya nako e ngata a batla linotlolo, kama, kapa sakatuku, re se re sa bue ka seeta se seng seo a se rahetseng ka tlas’a bethe. Liaparo li lula li hloekile le ho boloka boleng ba tsona, ’me li lula nako e telele ha li fanyehiloe ka tsela e nepahetseng. Hape, ha ho kotsi ea ho hatakela marikhoe kapa lieta tse beiloeng libakeng tsa tsona. Sena se bohlokoa ka ho khethehileng ha u arolelana kamore le moena kapa khaitseli.
Ka holim’a tsohle, setho ka seng sa lelapa se etsa karolo ea sona ka ho boloka kamore ea sona e le makhethe, e hloekile, se fokotsa boikarabelo bakeng sa ba bang ’me se tlatsetsa thabong ea lelapa. Mabapi le sena Carolyn ea lilemo li 14 o a ngola: “’Mè o na le mosebetsi o mongata oo a lokelang ho o etsa mona lapeng. . . . Ho na le bana ba tšeletseng kantle ho ’na bao ho seng lea mong ho bona ea tsebang ho itlhokomela hantle ’me ’mè o lokela ho ba hlokomela ’me o na le mokokotlo o bohloko.” Haeba bana bana ba ne ba boloka “ntho e ’ngoe le e ’ngoe sebakeng sa eona,” ka sebele ho ne ho tla fokotsa boikarabelo ba ’mè oa bona, na ha ho joalo?
Molemo o mong ke hore ha u boloka kamore ea hao e hloekile, ho ka etsahala hore u etse joalo le libakeng tse ling. Tloaelo ena ea makhethe e tla iponahatsa ka tsela eo ka eona u hlokomelang koloi ea lapeng le thepa e ’ngoe ’me ho ka etsahala hore makhethe ao a tsoele pele ekasita leha u se u le motho e moholo. Ka tsatsi le leng ha u lokela ho sebetsa, ho tsebahala ka makhethe ho ka eketsa menyetla ea hao ea ho tsoela pele—tebello e molemo, na ha u nahane joalo?
Mohlala o bontšang hore hoa sebetsa ho boloka melao ea batsoali ba hao o hatisitsoe tabeng e latelang: Bacha ba bangata ba chesehela ho khanna koloi. Empa ke neng ba lokelang ho qalisa? Ha ho hlile ha ho hlokahale hore e be ha ba fihlile lilemong tse itseng tse hlokoang ke ’muso. Lingaka J. E. Schowalter le W. R. Anyan, e Monyenyane, li ngotse ho The Family Handbook of Adolescence: “Ha mocha ea lilemo tse ka tlaase ho mashome a mabeli a tšepjoa hore o tla boloka melao ’me a tšepahala kamehla, ho ka etsahala hore litšoaneleho tsa hae tse ntle li laole boitšoaro ba hae ha a khanna.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Joale, na ha u nahane hore ho molemo ho ithuta ho tšepjoa le ho boloka melao ekasita le ho hlokomela kamore ea hao? Bibele e re: “Ea leng khabane ho tse nyenyane, le ho tse khōlō o tla ba khabane.”—Luka 16:10.
Leha ho le joalo, bakeng sa mocha oa Mokreste, lebaka le leholo la ho ba makhethe le fanoe ke moapostola Pauluse, ea ngotseng: “Molimo hase Molimo oa moferefere, empa e le oa khotso.” Hape u ngotse: “Le fele le be baetsisi ba Molimo, kaha le le bana ba ratoang.”—1 Ba-Korinthe 14:33; Ba-Efese 5:1.
Tlhophiso ea Molimo e bonahetse tokisetsong eo a neng a e entse ka tabernakele, kapa tente, ea borapeli ba sechaba sa Iseraele. Ke feela litho tsa lelapa la boprista (Balevi) tse neng li lumelletsoe ho kena ka tabernakeleng. Ho feta moo, Jehova o ile a laela Moshe hore a ngole hantle sebaka seo ho sona ntho e ’ngoe le e ’ngoe e neng e tla beoa ho sona, ’me a fana ka litaelo tse feletseng tsa hore na baprista le Balevi ba ne ba tla etsa’ng ka tsona. (Exoda 40) Ka tsela ena, Baiseraele bao e neng e se Balevi bonyane ba ne ba ka bona tsohle tse neng li etsoa ka tabernakeleng mabapi le boikarabelo ba bona ho Jehova. Ka sebele sena se ne se tla etsa hore ba ikutloe e le karolo ea tsamaiso eohle. Na ha u nahane hore bakeng sa sena ba ne ba loketse ho leboha hore Jehova ke Molimo oa tlhophiso?
Ke’ng se Lokelang ho Etsoa ka Kamore Eo?
Ke joang u ka hlophisang kamore ea hao? Joalokaha ho boletsoe qalong, ho ka etsahala hore batsoali ba hao ba u beetse melao e itseng ka kamore ea hao. Empa ho na le ho hongata hoo u ka ho etsang ka bouena. Qala ka lintho tse sa patehang mahlong: Fanyeha liaparo tsohle tse qhalaneng fatše. Terata e fanyehang lieta (kapa mokotlana oa polasitiki ea lieta) e tla boloka lieta sebakeng sa tsona, le ho ntlafatsa ponahalo ea sebaka sa hao sa liphahlo. Ho thoe’ng ka liaparo tse litšila? Ho e-na le ho li akhela k’honeng, hobane’ng ha u sa be le manki kapa mokotlana oa polasitiki bakeng sa morero oo? Tabeng ea bethe. Metsotso e seng mekae ka letsatsi e etsa phapang pakeng tsa bethe e shebehang ha bohlasoa le e makhethe. Hobane’ng u sa khethe e makhethe?
Joale bakeng sa lintho tse seng mahlong a batho. Khetha drawer e le ’ngoe ka kamoreng ’me u lahle lintho tse sa hlokahaleng ’me u bee tse ling sebakeng sa tsona. Mohlomong u ka batla ho kenya mabokose a manyenyane kapa mekotla ea polasitiki, u sebelise le leng ho kenya liaparo tsa hao tsa ka hare, le leng likause, joalo-joalo. Ka nako e khutšoane kamore ea hao e tla ba le chebahalo e fapaneng ka ho feletseng, ’me u tla ikutloa u le motlōtlō ka eona.
Bacha—Shebang Bokamoso ba Lōna
Na ho hloka nako e ngata le boiteko ho ithuta makhethe? Carol, eo ha joale a leng ka tlase ho lilemo tse mashome a mararo, o hopola ntoa eo a bileng le eona. Haeba ’m’ae a ne a fumana kamore ea hae e se boemong bo botle (ka mohlala, haeba likausu le liaparo tsa ka hare li ne li sa menoa ka makhethe ka har’a drawer), o ne a tla li tšollela fatše ’me a laele Carol ho li busetsa hape ka makhethe. Kapa, e le kotlo, Carol o ne a tla beeloa lithibelo bakeng sa mafelo-beke.
Na ha Carol a sheba morao o bona ’mè oa hae a ne a le leeme? “Che, ke ithutile ho hongata ho sena. Ha joale ke tseba ho fanyeha liaparo tsa ka le hore na ke joang nka bolokang lintho li le makhethe. Mohlomong e seng ho fihla litekanyetsong tsa ’Mè empa bonyane ke tseba ho siea lemati la kamore ea ka ea ho robala le butsoe.”
Haeba Carol a e-ba le bana bao e leng ba hae kamoso, o tla ba ruta eng ka makhethe? O hlalositse: “Ha ke nahane hore ke tla hlahloba drawer tsa bona, empa ha feela kamore ea bona e shebeha e hloekile, ho tla be ho LOKILE.” Ha a botsoa hore na ke keletso efe eo a nang le eona bakeng sa bacha, Carol o arabetse: “Boloka litekanyetso tsa batsoali ba hao tsa makhethe. Qetellong e tla ba tloaelo.”
Ho ’nile ha boleloa hore motho ke sebōpuoa sa litloaelo. Litloaelo tse ling li molemo, ’me tse ling ha li joalo. Ke ka baka leo Elbert Hubbard ka bohlale a ngotseng: “Hlaolela feela litloaelo tseo u ratang hore li u buse.”
Ke tloaelo efe eo u ratang hore e u buse—makhethe kapa bohlasoa? Ha u nahanisisa ka sena, hopola melemo ea tloaelo ea bohloeki: Bo na le metheo ea Mangolo, bo boloka nako le chelete, boitlhompho, ho hōlisa kamoo ba bang ba tlang ho u hlompha. Oa ho qetela ke monahano o bontšitsoeng ke Carolyn e monyenyane: “’Mè o hlile o hloka thuso ea ka ’me o ananela haholo ha ke mo thusa.”
[Litšoantšo tse leqepheng la 18, 19]
U khetha hofe: hoo . . . kapa hona?