Bacha Baa Botsa . . .
Ho Pholla Litho Tsa Botona Kapa Botšehali ho Tebile Hakae?
“Kea ipotsa hore na e be ho pholla litho tsa botona kapa botšehali ho Ii khotsofatsa ho fosahetse mahlong a Molimo. Na ho tla ama bophelo ba ka kapa/le kelello kamoso haeba nka nyaloa?”—Melissa ea lilemo li 15.
LIPOTSO tsena li ’nile tsa khathatsa bacha ba bangata. Lebaka? Ho pholla litho tsa botona kapa botšehali ho li khotsofatsa ho atile haholo. Tlaleho e bontšitse hore karolo ea 97 lekholong ea banna le karolo e fetang 90 lekholong ea basali ba qalile ho ipholla litho tsa botona kapa botšehali ho li khotsofatsa ba le lilemo li 21. Ho feta moo, tloaelo ena e ’nile ea beoa molato ka baka la mekhoa eohle ea ho kula—lihloba, mahlo a mafubelu, lefu la ho oa, le mafu a kelello.
Leha ho le joalo, ha ho lefu la ’mele le kileng la pakoa ke lipatlisiso tsa meriana tsa kajeno hore le bakiloe ke ho ipholla litho tsa botona kapa botšehali ho li khotsofatsa. Babatlisisi William Masters le Virginia Johnson ba phaella: “Ha ho bopaki bo tiisitsoeng ba meriana ba hore ho pholla litho tsa botona kapa botšehali ho li khotsofatsa, ho sa tsotellehe hore na ke hangata hakae, ho lebisa lefung la kelello.”
Leha ho le joalo, bacha ba bangata ba Bakreste ba amehile ka kotsi ea tloaelo ena. “Ha ke ne ke inehela [ho pholleng setho ho se khotsofatsa], ke ne ke ikutloa ke fosetsa Jehova Molimo,” ho ngotse mocha e mong. “Ka linako tse ling ke ne ke tepella haholo maikutlong.” Mocha e mong o botsitse: “Na ho ipholla litho tsa botona kapa botšehali ho li khotsofatsa ke sebe se sa tšoareloeng?”
Bibele e Re’ng?
Leha litlōlo tsa ho kopanela liphate joaloka ho kopanela likamano tsa botona kapa botšehali pele ho lenyalo (bofebe), bosodoma, bohlola, le ho robala le liphoofolo li nyatsoa ka ho hlakileng ka Bibeleng e le libe tse tebileng, ha ho buuoe ka ho ipholla litho tsa botona kapa botšehali ho li khotsofatsa. (Genese 39:7-9; Levitike 18:20, 22, 23; 1 Ba-Korinthe 6:9, 10) Ho pholla litho tsa botona kapa botšehali ho li khotsofatsa ho ne ho atile lefatšeng le neng le bua Segerike mehleng ea Bibele, ’me mantsoe a mangata a ne a sebelisoa ho hlalosa tloaelo ena. Ka ho thabisang, ha ho le le leng la mantsoe ana le sebelisitsoeng ka Bibeleng.a
Kaha ho pholla litho tsa botona kapa botšehali ho li khotsofatsa ho sa nyatsoe ka ho toba ka Bibeleng, na sena se bolela hore ha ho phoso? Che! Ekasita le bao ka ho khethehileng ba sa ameheng ka pono ea Molimo ba ikutloa ba sa phutholohe ka tloaelo ena. Ka mohlala, Ngaka Aaron Hass tlhahlobong ea hae ka mekhoa ea ho kopanela liphate ea bacha ba ka tlaase ho lilemo li 20 ba 625 o tlalehile: “Bongata ba bacha bana ba iphollotseng litho tsa botona kapa botšehali ho li khotsofatsa ba tlalehile hore ba ikutloile ba le molato, ba soabile, ba le litšila, e le lithoto, kapa e le lihole.” Ruri, ho pholla litho tsa botona kapa botšehali ho li khotsofatsa ke tloaelo e litšila. Empa erekaha “litšila,” ho ea ka Bibele e le lentsoe le akaretsang letoto le lelelele la mehato e tebileng, ho pholla litho tsa botona kapa botšehali ho li khotsofatsa ho ke ke ha kenyeletsoa libeng tse tebileng joalo tse kang bofebe kapa boitšoaro ba mofuta o mong bo bobe le bo tebileng ba ho kopanela liphate.—Ba-Efese 4:19, NW.
Leha ho le joalo, Molimo o hlokometse hore ho boloka lithibelo tsa Bibele khahlanong le boitšoaro bo bobe le bo tebileng ba ho kopanela liphate ha ho bonolo. Ka baka leo, o fane ka keletso ea hore na ke joang ho ka qojoang boitšoaro bo bobe ba botona kapa botšehali. O “u ruta ho iphumanela molemo.” (Esaia 48:17, NW) Molao-motheo oa Lengolo la hae o bontša hore ‘u iphumanela molemo’ ka ho hana ka matla tloaelo ena e litšila. Sa pele, hobane e . . .
Tsosa “Takatso ea ho Kopanela Liphate”
Bibele ea phaella: “Le bolaee ke hona litho tsa lōna tse leng lefatšeng . . . takatso ea ho kopanela liphate.” (Ba-Kolosse 3:5, NW) ‘Takatso ena ea ho kopanela liphate’ hase boikutlo bo bocha boo bacha ba bangata ba bo utloang nakong ea ho hōla, bo sa hlokeng ho soabeloa. “Takatso ea ho kopanela liphate” e ba teng ha maikutlo ana a hōlisoa hoo motho a lahleheloang ke taolo. Litakatso tse soabisang joalo tsa ho kopanela liphate li lebisitse boitšoarong bo bobe le bo tebileng ba likamano tsa botona kapa botšehali, joalokaha ho hlalositse Pauluse ho Ba-Roma 1:26, 27.b
Empa na ho pholla litho tsa botona kapa botšehali ho li khotsofatsa ha ho ‘bolaee’ litakatso tsena? Ho e-na le hoo, ho joalokaha mocha e mong ea lumetseng: “Ha u ipholla litho tsa botona kapa botšehali ho li khotsofatsa, kelello ea hao e tsepama litakatsong tse fosahetseng, ’me seo e se etsang ke ho eketsa takatso ea hao bakeng sa tsona.” Hangata toro ea boitšoaro bo bobe e sebelisetsoa ho eketsa monate oa likamano tsa botona le botšehali. (Mattheu 5:27, 28) U ka oela boitšoarong bo bobe habonolo u ntse u fuoe mabaka a matla. Mocha e mong o ile a soaba kamor’a hore a etse bofebe: “Ka nako e ’ngoe, ke ile ka ikutloa hore ho ipholla litho tsa botona kapa botšehali ho li khotsofatsa ho ka nthusa ho lula ke sa kopane le ba batšehali. Empa ka hōlisa takatso e matla haholo ea ho kopana le bona.” Tlhahlobo e entsoeng lichabeng tsohle e senola hore ho bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba iphollotseng litho tsa botona kapa botšehali ho li khotsofatsa, palo e khōlō ea bona e entse bofebe. Ba feta ba sa kang ba kopanela likamanong tsena ka karolo ea 50 lekholong! Ka sebele, tloaelo ena ha ea fokotsa ‘takatso ea bona ea ho kopanela liphate’!
Ekasita leha u ikutloa hore u ka laola ’mele oa hao boemong bo kotsi ba boitšoaro, hobane’ng u ipea kotsing ka ho tsosa takatso ea ho kopanela liphate ka ho pholla litho tsa botona kapa botšehali ho li khotsofatsa? Haeba monyetla oa ho etsa bofebe o hlaha, na u hlile u tla tseba ho re che?
Ho Silafala Kelellong le Maikutlong
Ho pholla litho tsa botona kapa botšehali ho li khotsofatsa ho kenya maikutlo a itseng a senyang kelello. (Bapisa 2 Ba-Korinthe 11:3.) Tloaelo ena e ruta motho ho sebelisa ’mele oa hae e le ntho feela e sebelisetsoang monate oa ho kopanela liphate. Ha motho a pholla litho tsa botona kapa botšehali ho li khotsofatsa, o noela maikutlong a ’mele oa hae—boikhabi ka ho feletseng. Ho kopanela likamano tsa botona kapa botšehali ho arohana le lerato ’me ho fetoloa ntho e tlosang ho tepella maikutlong. Empa Molimo o rerile hore litakatso tsa botona le botšehali li khotsofalloe ka ho kopanela liphate, pontšo ea lerato pakeng tsa monna le mosali oa hae.—Liproverbia 5:15-19.
Ho lahla pono ena ho ka lebisa mathateng a ho lokisa kelello mabapi le ba bong bo sa tšoaneng. Re ka sheba ba joalo e le lintho tsa ho kopanela liphate ho e-na le batho ba nang le maikutlo. Motho a ka sekamela boikutlong ba ho batla ho ikhotsofatsa feela le motho eo re sa mo khathalle. Maikutlo a joalo a fosahetseng a fumanoang ka ho pholla litho tsa botona kapa botšehali ho li khotsofatsa a ka silafatsa “bomoea” ba motho, kapa tšekamelo e laolang kelello. Ka lebaka le utloahalang, Lentsoe la Molimo lea phehella: “Baratuoa, ha re itlhatsoeng litšila tsohle tsa nama le tsa moea.” (2 Ba-Korinthe 7:1) Ke ’nete, kamor’a lenyalo banyalani ba bangata ba tseba ho sebetsana le mathata a bakiloeng ke ho pholla litho tsa botona kapa botšehali ho li khotsofatsa. Leha ho le joalo, mehlala e mengata e paka hore mathata a mang a ka ba boima le ho phehella haholo, ’me hangata a ka ama le khotso ea banyalani.
Empa ho thoe’ng haeba motho a loanela ho hlōla tloaelo ena e mpe ’me, leha ka mehla a atleha a e-ba le mathata ka eona?
Pono e Leka-lekaneng ea Molato
Leha sebe e le sebe, Bibele e bontša hore Molimo o talima liphoso tsa rōna li tebile ka litekanyo tse sa tšoaneng, ’me o mohau haholo. “Hobane uena, Morena, u molemo, u mosa, u tletse lereko ho bohle ba u rapelang.” (Pesalame ea 86:5) Ha Mokreste a inehela ho pholleng litho tsa botona kapa botšehali ho li khotsofatsa, pelo ea hae hangata ea mo ahlola ka tsela e se nang mohau. Leha ho le joalo, Bibele e bolela hore “Molimo o moholo ho lipelo tsa rōna, ’me o tseba tsohle.” (1 Johanne 3:20) Molimo o bona ho fetang feela libe tsa rōna. Boholo ba tsebo ea oona bo mo nolofaletsa ho mamela ka kutloelo-bohloko likōpo tsa rōna tse tšepahalang bakeng sa tšoarelo. Joalokaha mofumahatsana e mong a ngotse: “Ke ikutloa ke le molato ka tekanyo e itseng, empa ka ho tseba hore na Molimo Jehova o lerato hakae le hore o bona pelo ea ka ’me o tseba boiteko le lipheo tsohle tsa ka ka ho mpoloka hore ke se tepelle haholo maikutlong.” Ka ho loantša ho ipholla litho tsena ho li khotsofatsa, ho ke ke ha e-ba bonolo hore u oele sebeng se tebileng sa bofebe.
Molekane oa makasine oa rōna oa The Watchtower, oa Tlhakola 15, 1954, o itse: “Re [ka] iphumana re khopeha le ho oa ka lintho tse ngata ka baka la litloaelo tse ling tsa bophelo ho feta kamoo re ileng ra hlokomela kateng. Joale re ka ikutloa re nyahame ’me re se bohlokoa. . . . Se ke ua nyahama pelo. Se ke ua qeta ka hore u entse sebe se sa tšoareloeng. Ke kamoo Satane a tla rata hore u arabele kateng. ’Nete ea hore u ikutloa u soabile ’me u khathatsehile ke bopaki ba hore oa fosa haholo. Le ka mohla u se ke ua khathala ke ho khutlela ho Molimo ka boikokobetso le ka botšepehi, u kōpe tšoarelo ea oona, tlhoekiso le thuso. E-ea ho oona joalokaha ngoana a e-ea ho ntat’ae ha a le tsietsing, ho sa tsotellehe hore na ke hangata hakae ka bofokoli bo le bong, ’me Jehova ka lerato o tla u thusa ka baka la mohau oa hae o sa tšoanelang, u tla o fa letsoalo le hloekileng.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Molimo o bolaile Onane ka baka la ho ‘tšollela peō ea hae fatše.’ Leha ho le joalo, ho kopanela liphate ho sitisitsoeng, e seng ho pholla litho tsa botona kapa botšehali ho li khotsofatsa, ho ne ho ameha. Ho feta moo, Onane o bolailoe ka baka la ho hlōleha ho nka mosali oa moen’ae ea shoeleng hore a mo tsosetse leloko. (Genese 38:1-10, NW) Ho ‘ntšoa ha peō’ ho boleloang ho Levitike 15:16-18, NW, ka ho hlakileng ha ho bolele ho pholla litho tsa botona kapa botšehali ho li khotsofatsa, empa ho bolela ho ntšoa ha peō bosiu likobong le ho kopanela liphate pele ho lenyalo.
b Lentsoe la pele la Segerike bakeng sa “takatso ea ho kopanela liphate” (paʹthos) le sebelisitsoe ke rahistori oa lekholong la pele la lilemo Josephus ho hlalosa mosali oa Potifaro, eo ka baka la “takatso e feteletseng ea ho batla likamano tsa botona le botšehali [paʹthos],” a lekileng ho eka mocha Josefa; le monna ea bitsoang Amnone, eo “ka ho cha ke takatso le ho susumetsoa ke takatso ea ho ba le likamano tsa botona le botšehali [paʹthos], a sentseng [betileng] khaitselie.” Takatso ea ho ba le likamano tsa botona le botšehali ea mosali oa Potifaro le Amnone li ne li tsoile taolong.—Genese 39:7-12; 2 Samuele 13:10-14.
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Leha ho pholla litho tsa botona kapa botšehali ho khotsofatsa ho ka baka maikutlo a matla a molato, thapelo e tšepahalang bakeng sa tšoarelo ea Molimo le ho sebetsa ka matla ho hanela tloaelo ena ho ka fa motho letsoalo le letle