Pono ea Bibele
Na ho se Utloe ’Muso ka Sepheo sa ho o Qobella ho Etsa Phetoho ho Lokile?
“HA U bona batho ba heno ba betoa le ho bolaoa,” ho boletse moromuoa oa K’hatholike ea lilemo li 30, “ha u bona metse eohle e felisoa ke masole, ’me bana ba qobelloa ho tloha malapeng ho ea bosoleng, ’me u hlokomela hore karolo ea 2 lekholong ea baahi e se e laola karolo tse tharo ho tse ’nè tsa moruo, u ke ke ua pata hlooho ea hao ka Bibeleng ’me ua hlokomoloha linnete tsena.”—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.
Haeba u ne u le boemong ba moromuoa enoa, u ne u tla etsa eng? Na u ne u tla kopanela pontšong ea boipelaetso kapa seteraeke se etsoang? Ho thoe’ng haeba tsena li sa tlise phetoho e hlokehang? Na joale pefo e ne e tla lōkafatsoa? Phetohelo ea ’muso? Ke’ng seo “baetapele ba moea” ba kajeno ba se buellang? Hlokomela litlaleho tsena:
◻ Moruti Nicaragua o boletse hore o sebeletsa Molimo ka ho thusa batho le phetohelo ’musong.
◻ Philippines moruti o lelekuoe naheng ka lebaka la ho hōlisa moferefere oa lipolotiki le ho tšoantša Jesu le lerabele.
◻ Baprista le baitlami ba tšehelitse ntoa ea likhukhuni ka boiteko ba ho liha ’muso Amerika Bohareng.
Liketso tsa bona li ntša molumo o phahameng le molaetsa o hlakileng: Ho se mamele ’muso ka sepheo sa ho o qobella ho etsa phetoho ho lokile kapa hona ho nkoa e le mosebetsi oa Bokreste. Empa na hona ke ’nete, leha litšusumetso le lipheo li tšepahala le ho hōlisoa ke kameho ea botho? Pono ea Bibele ke efe?
‘Boemo Khahlanong le Molimo’?
Molimo o na le molao o hlalositsoeng ka ho hlaka mabapi le mebuso kapa litaolo tsa batho. Bibele e re: “Hobane ha ho borena bo leng teng ha e se ka Molimo; marena a teng a eme a beiloe litulong tsa oona tse nang le matla a lekanyelitsoeng ke Molimo.” E, Jehova Molimo o na le matla a hlokahalang ebang ke ka ho kenella kapa ho felisa taolo leha e le efe e teng ka nako eo a e beileng. Haeba mebuso e sebetsa, ke ka hobane a e lumella.—Ba-Roma 13:1, NW.
Kamor’a ho tiisa ’nete ena, lengolo le a phaella: “Ka baka leo, ea hanyetsang ho borena o eme khahlanong le tokisetso ea Molimo; bao ba emeng khahlanong le eona ba tla ikamohela kahlolo ea bona.” (Ba-Roma 13:2, NW) Ka lebaka la mantsoe ana, na Mokreste ka ho nepahetseng a ka bolela hore o ‘sebeletsa Molimo ka ho thusa phetohelong ea ’muso’? Na motho o ema ‘khahlanong le Molimo’ ka ho kopanela, kapa hona ho buella, mesebetsi eo ka ho toba e phephetsang taolo e teng ea ’muso?
A re shebeng historing ea Bibele bakeng sa karabo. Qetellong ea lekholo la bosupa la lilemo B.C.E., Jehova o ile a lumella ’Muso oa Babylona ho busa Iseraele, oa etsa Tsedekia oa Jerusalema morena oa mofo oa oona. Leha ho le joalo, kamor’a lilemo tse robeli e le mofo, Tsedekia a ikutloa a qobelleha ho hana tokisetso eo. A batla thuso Egepeta. O ne a se a sa tl’o lumella ’muso oa kantle—ebile e le oa bohetene—ho busa batho ba Molimo. Boikutlo ba hae bo ne bo bonahala bo lokile. Leha ho le joalo, Molimo o ile oa bona lintho joang? Na Tsedekia e ne e tlil’o ba “moloaneli oa tokolo ho” ea amohelehang ho Molimo? Che! Hobane ka ho rabela khahlanong le Babylona, o ne a ntse a rabela khahlanong le Molimo. Ka baka la bofetoheli bona, Jehova a ahlola ka hore Tsedekia o tla shoa e le moholehuoa Babylona.—2 Marena 24:17-20; Ezekiele 17:15, 16.
Mohlala oa Tsedekia hase o ikhethang. Histori e bontšitse hangata hore ho se utloe ’muso ka sepheo sa ho batla phetoho, ekasita leha ho etsoa ka maikemisetso a matle, ho ke ke ha tlisa tharollo e sa feleng mathateng a motho. ’Nete ke hore hangata phetohelo ea ’muso le merusu li mpefatsa boema. Mehlaleng e mengata, kamor’a katleho e bonahalang ea ho fetohela ’muso, qetellong “balokolli” ka bobona ba fetoha bo-’m’ampoii le bahatelli. Hamorao, moloko o mocha oa batho ba hatelletsoeng o batle ho ba fetohela. Ho ipheta ho joalo ho bohloko ha liketsahalo ho ’nile ha hlaha linaheng tse ngata. Ka mohlala, naha e ’ngoe Amerika Boroa haufinyana e bile le phetohelo ea ’muso ka lekhetlo la bo189 lilemong tse 154!
Ho Hlōleha ha Motho—Hobane’ng?
Ke hobane’ng ha batho ba tšepahalang ba ke ke ba lokolla batho tšenyong le khatellong? Ka hobane ba hloka lintho tsena tse peli—bohlale le matla. Ha ho makatse ha Bibele e re lemosa: “Le se ke la itšepela marena, leha e le bana ba batho ba sitoang ho pholosa motho.”—Pesaleme ea 146:3.
Ka mohlala, inahane u le sepetlele u emetse ho buuoa. U llisoa ke bohloko. Ka tšohanyetso, mohloekisi oa kamore ea bakuli ea fetang o utloa ho hlobaela ha hao, o nanabela thipa e sebelisetsoang ho buoa, ’me o kōpa ho u thusa bohlokong ba hao. Na u ne u tla mo lumella ho u buoa? Che! Hobane’ng? Hobane lerato la hae le kutloelo-bohloko feela ha lia lekana bakeng sa mosebetsi o tebileng joalo. Liketso tsa hae li tla eketsa bohloko ba hao, ekasita le ho u bea kotsing ea ho shoa. Boitšoaro bo joalo bo ne bo tla bontša boikhohomoso bo boholo le ho hloka boikarabelo le ho hlokomoloha ’nete ea hore nako ea ho buoa e tsejoa ke ngaka e tšoanelehang. Ho ne ho tla ba molemo haholo haeba a u tiisetsa hore thuso e tseleng.
Ka ho tšoanang, Bakreste ba ’nete kajeno ha ba kopanele ho se utloeng ’muso ka sepheo sa ho o qobella phetoho. Ba letetse letsatsi le hora tseo ka tsona ho kenella ho tšoanelehang ka Molimo ho tla tla. Ke oona feela o nang le bohlale le matla a ho tlisa tharollo e sa feleng bathong. Ka mosebetsi oa bona oa ho bolela, Lipaki tsa Jehova li tiisetsa ba utloang bohloko ka baka la liketso tse se nang toka hore phekolo e joalo e tla tla haufinyana.—Esaia 9:6, 7; 11:3-5.
Khabareng, re ka phehella mokhoa leha e le ofe oa molao le oa khotso o teng ho sireletsa litokelo tsa rōna le ho batla tokoloho khatellong. Leha ho le joalo, ha tsena li hlōleha, ho tla be ho fosahetse ho khetha ho se utloe ’muso ka sepheo sa ho o qobella ho etsa phetoho. Tumellanong le sena, moapostola Pauluse o elelitse: “Ha ho ka etsoa, ’me ha e le ka lōna, le mpe le etsetse bohale sebaka; hobane ho ngoliloe, ho thoe: Phetetso ke ea ka; ke ’na ea tlang ho busetsa, ho rialo Morena.” Bakreste ba tšepahalang le ba mamelang ba nka keletso ena ka ho teba.—Ba-Roma 12:18, 19.
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng leqepheng la 13]
Reuters/Bettmann Newsphotos