Tšilafalo e Emisitsoe Hang-hang Morerong oa Eona!
“QETO ea hore tikoloho e kotsi e ke ke ea qojoa.” Haeba mantsoe ana a ne a phethahala morao ka 1970 ha mongoli G. R. Taylor eo libuka tsa hae li rekoang ka ho fetisisa a ne a a ngola, a tlameha a be a nepahetse hakaakang kajeno! Menyetla ea hore batho ba ka tlosa litšitiso tse emeng tseleng ea tharollo e feletseng ea tšilafalo e-ea fokotseha. ’Nete e hlakileng ke hore batho ba hloka thuso ea Molimo.
Ha Molimo o ne o bōpa batho, o ba laetse ho hlokomela lefatše. (Genese 1:28; 2:15) Ho e-na le hoo, ka lebaka la ho hloka tsebo le boikhantšo, ba le silafalitse. Empa ’Mōpi o tšepisitse “ho senya ba senyang lefatše.” Hang ha ba silafatsang lefatše ka boomo ba felisitsoe ke ’Muso oa Molimo, lisosa tsa tšilafalo li tla felisoa.—Tšenolo 11:18.
Hore na sena se tla finyelloa joang, Esaia 11:9 e re: ” ’Me ha ho sa tla etsoa hampe, ha ho sa tla hlola ho senngoa thabeng eohle e halalelang ea ka, hobane lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova.” Ha ho pelaelo hore ’Mōpi o tla ruta batho lintho tsohle tseo ho hlokahalang hore ba li tsebe ka lefatše le tikoloho ea lona hore ba ka sebetsa joaloka bahlokomeli ba lona ba lerato le ho qoba ho senya.
Molimo o tla khutlisetsa batho phethehong, boemo boo batho ba pele ba bōpetsoeng bona. Ba tla ba le likelello tse phethahetseng, tse tlatsitsoeng ka tsebo e nepahetseng tse laoloang ke kahlolo e phethahetseng, e seng ke tšekamelo ea phoso ea motho. Bohlasoa le mefokolo e meng ea nama li tla felisoa. Tšireletso ea Molimo e tla felisa likotsi tse sa tloaelehang. Esita le boemo ba leholimo bo tla ba tlas’a taolo e phethahetseng.—Bapisa Mareka 4:39.
“Tsebo ea Jehova” e tla hloma kameho e lerato ho batho bakeng sa ba bang le hlompho le kananelo pōpong ea Molimo ’me e tla thibela batho ho batleng ho silafatsa lefatše. Ha e le hantle, e se e ntse e hlahisa mofuta ona oa batho, batho ba ‘hlobotseng motho oa khale le liketso tsa khale’ ’me ba ikemiselitse ho phela ka melao-motheo ea Bokreste. Ka mohlala, “rata oa heno joaloka ha u ithata.” Kapa, “liketso tsa lōna li hloke takatso ea ho rua.” O mong: “Ho se ke ha e ba motho ea batlang tse tšoanelang eena a inotši, empa motho ka mong a ke a batle le tse tšoanelang ba bang.”—Ba-Kolosse 3:9, 10; Mareka 12:31; Ba-Heberu 13:5; 1 Ba-Korinthe 10:24.
Qetellong Sera se Phehellang se Thibetsoe!
Ho fihlela joale ha ho e-s’o boleloe letho ka ’muelli e moholo oa tšilafalo. Ke ’molai ea sa bonahaleng, Sera se seholo sa Molimo, Diabolose. (Johanne 8:44; Ba-Heberu 2:14) Monahano oa Satane o khelohileng o batla litsela tsa ho hlompholla Molimo le ho senya pōpo ea Molimo. Lefatše le silafetseng le litšila ha le hlomphe ’Mōpi ea le bōpetseng hore e be le hloekileng le le letle; kapa leha e le hore batho ba bōpiloeng ka setšoantšo sa Molimo ba lumelle Diabolose ho ba khelosa ho etsa thato ea oona. (Ba-Efese 2:2) Ha feela Satane a ntse a le teng, ntoa khahlanong le tšilafalo e tla tsoela pele. Empa butle!
Tšepiso ea Molimo ke ena: “Ka ntoo bona lengeloi le leng le theoha leholimong... La tšoara drakone, noha ea khale, e leng Diabolose le Satane, ’me la e holehela lilemo tse sekete . . . Hore e se ke ea hlola e khelosa lichaba, lilemo tse sekete li eso ho phethehe.” (Tšenolo 20:1-3) Lengeloi leo ke Morena Jesu Kreste, ea tlang ho tlama Satane ’me a lopolle bokahohle bohle tšusumetsong ea hae ka lilemo tse sekete, kahoo ho tlosoe ea sitisang lefatše hore le se silafatsoe.
Nakong ea Puso ea Lilemo tse Sekete ea Kreste Lefatše le tla ba le nako e lekaneng ea ho itokisa tlhaselong ea tšilafalo. ’Muso oa Molimo o ka felisa tšenyo e entsoeng. Ho sa le joalo, ka lebaka la phello ea tšilafalo e bolaeang, ka bohlale re ka itšireletsa litlhaselong tsa eona hamolemo kamoo re ka khonang. Ha e le hantle, litsela tsa ho etsa sena li lekanyelitsoe, ’me ho latela keletso e bosoasi ea Tom Lehrer ha ho thuse: ‘Se noe metsi le ho hema moea.’ Empa ho ka nkoa mehato e meng. (Bona lebokose leqepheng 9.)
Ha ho ntse ho nkuoa mehato e joalo, re lokela ho hopola hore tšireletso e molemohali tlhaselong ea tšilafalo ke ho beha tšepo ea rōna ’Musong oa Molimo. Ke oona feela o tla rarolla bothata ka ho sa feleng. Ngoahola Lipaki tsa Jehova li tsamaisitse lithuto tsa lehae tsa Bibele tsa beke le beke tse fetang limillione tse tharo le batho ba lakatsang ho ithuta litekanyetso tsa Molimo tsa ho phela lefatšeng la oona le lecha le se nang tšilafalo. Na u rata ho sebelisa monyetla ona, o fanoang ntle ho tefo?
Ke thabo e kaakang ho tseba hore ntoa ea rōna khahlanong le tšilafalo—’molai ea phehellang—haufinyane e tla fela! Esita le ntoa ea rōna ea ho mamella liphello tse bolaeang tsa tšilafalo e tla fela. Tšilafalo le mosusumetsi oa eona e moholo, Satane Diabolose, bao e leng babolai, ba tla qetella ba emisitsoe—hang-hang boikemisetsong ba bona!
[Lebokose se leqepheng la 9]
Boitšireletso ba Botho Khahlanong le Tšilafalo
◼ Hlokomela bophelo ba hao, etsa boitlhakiso ba ’mele bo lekaneng ’me u phomole ka ho lekaneng
◼ Se ke ua tsuba, qoba tšebeliso e fetelletseng ea joala le lithethefatsi, kapa litloaelo tse ling tse fokolisang matla a ’mele a ho itšireletsa mafung
◼ Qoba ho lula haholo letsatsing
◼ Sebelisa filter ea metsi haeba ho le teng kotsi ea metsi a silafalitsoeng motseng oa lōna
◼ Qoba lijo tse nang le metsoako ea lik’hemikale
◼ Qoba ho sebelisa meriana e sa hlokahaleng, kaha meriana eohle e na le liphello tse kotsi
◼ Tšoarisana le melao ea ’muso e reretsoeng ho thibela tšilafalo
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Ho ke ke ha e-ba le ponahalo e thetsang ka botle ba lefatše le lecha la Molimo