Ho Fuputsa Lisosa Tsa Tšilafalo
E, BA bang, ba rōna ba na le lithelevishene, lionto tse sebelisang mahlaseli a manyenyane a chesang, le li-computer. Empa moea oa rōna o hloekileng, lijo tse hloekileng, le metsi a hloekileng li kae? Ke hobane’ng ha tsoelopele boqaping ba mahlale e nolofalloa ke ho romela motho khoeling empa e hlōleha ho re neha lintho tsena, litlhoko tsa rōna tsa motheo? Ke hobane’ng ha lisosa tsa tšilafalo li eketseha?
“Ntho e ’Ngoe le e ’Ngoe e ea Hōla”
Moprofesara Kurt Hamerak, ha a ngola makasineng oa bongaka oa Jeremane, o bolela hore “mathata ’ohle a tikoloho a bakoa ke keketseho ea palo ea baahi e sa lebelloang.” Palo ea baahi ba lefatše e eketsehile ka makhetlo a fetang habeli ho tloha ka 1950. Ho phaella moo, re phela ho seo phuputso ea Machaba a Kopaneng e se bitsang “lefatše la metse e eketsehang.” Ka selemo sa 2000, ho lekanyetsoa hore karolo ea boraro ea batho ba lulang linaheng tse futsanehileng moruong e tla fallela metseng ea litoropo. Ha palo ea baahi e eketseha, le menyetla ea tšilafalo e-ea eketseha.
Ha ho ntse ho ena le lenane le hōlang la batho ba batlang thepa e nolofalitsoeng ke tsoelopele boqaping ba mahlale, tlhahiso libakeng tsa mesebetsi le khoebo le eona ea eketseha. Sena se bolela lifeketheri tse ncha le libaka tsa mesebetsi ea lik’hemikale—mehloli e mecha ea tšilafalo. Tsena hamorao li batla mehloli e li neang matla, ka lebaka leo ho lokela ho hahuoa libaka tse ncha tsa matla. Lefatšeng ka bophara, hoo e ka bang tse 400 tsa libaka tsena tsa matla ke tsa nuclear.
Ho eketsehang hape ke nako ea boithabiso eo batho ba nang le eona. Sena se ba neha nako e eketsehileng le monyetla oa ho etela libaka tse hōle le litoropo, ’me hangata nakong eo ea maeto ba silafatsa naha, moea, le metsi, esita le ho beha bophelo ba limela le liphofoolo kotsing.
Ho e-na le ho thibela tšilafatso, tsoelopele ea mehleng ena e kentse letsoho ka ho khothalletsa pono ea maruo e fellang e le tlhohonolofatso le bomalimabe. Batho ba bangata ba ikarabellang ba hlokomelisa hore keketseho e tsoileng taolong e lebisa tšenyong. G. R. Taylor ho The Doomsday Book o re: “Joale ho bonahala maruo . . . a lokela ho hapa tlhōlo. Ka potlako ho bonahala a ke ke a hlōla.”
E, “ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea hōla,” ho bolela Moprofesara Hamerak, “ho kopanyelletsa le mathata.” Empa ho na le mabaka a mang a bohlokoa a hore na ke hobane’ng ha ntoa khahlanong le tšilafalo e sa atlehe.
Tsebo e Fokolang
Ka mohlala, tsebo “e fokola haholo ha lintho tse silafatsang li tsoakana,” ho hlalosa The Doomsday Book. Ha ho tsejoe hantle hore na ke metsoako e mekae ea chefu kapa ea mahlaseli a kotsi eo motho a ka pepesetsoang ho eona pele ho bonahala liphello tse kotsi. Seithuti sa metsoako e chefu L. Horst Grimme sa Univesithi ea Bremen se bolela hore “ha ho bonolo ho hlalosa ka ho toba likotsi tse bakoang ke tlhahiso, tšebeliso le ho phatlalatsoa ha lintho tse silafatsang.” O ikutloa hore ha ho tsela ea ho lekanya ka ho nepisisa hore na ke neng ntho e silafatsang e fetohang e se nang kotsi le hore na ke neng e fetohang e kotsi. O re: “Mabakeng a mangata litsebi li haelloa ke tsebo e lekaneng mabapi le hore na litekanyetso tse amohelehang tsa tšilafalo ke life.” Ho phaella moo, phuputso e ncha ’me ha ho tsejoe hantle hore na liphello tsa nako e telele tsa “litekanyetso tse amohelehang” e tla ba life.
Hape potso e qakang ke hore na litšila tsa lik’hemikale tse bolaeang li ka felisoa joang. Bona ke bothata bo boholo hobane lik’hemikale tse chefu tse lahluoang Europa Bophirima li fihla ho litone tse limillione ka selemo.
(Bona chate.) Ho sebelisoa mekhoa e meholo e tšeletseng ho lahla litšila tsena: (1) li tšolleloa leoatleng; (2) thotobolong; (3) polokelong ea nako e telele; (4) li a chesoa, li felisoa ka lik’hemikale kapa mahlale a tlhaho (5) li chesetsoa naheng kapa leoatleng, ’me (6) li sebelisoe hape. Ha ho le o mong oa mekhoa ena o khotsofatsang ka ho feletseng kapa o ka tšepjoang.
Mefokolo ea Batho le Likhaello
Bosiung bo bong ha ho ne ho foka meea e matla ka Tlhakubele 1978, sekepe se seholo sa oli Amooo Cadiz se ile sa tsoa taolong ’me sa thula le ho tetebela tlaase lebōpong la Brittany la Fora. Lik’hilogramo tsa oli tse fetang 200 000 li ile tsa tšolohela ka leoatleng, tsa bolaea linonyana tse ka bang 10 000, ea sitisa khoebo ea lihlatsoana tsa oyster, ea silafatsa sebaka sa lebōpo se lik’hilomithara tse fetang 160, ’me ea baka lesira le leholo la oli holim’a metsi. Bohlasoa ba motho ke bona bo lokelang ho jarisoa molato.
Mohlala o mong o tšosang haholo oa mefokolo ea batho o etsahetse ka ’Mesa 1986. Kotsi e tšabehang sebakeng sa mesebetsi sa nuclear Chernobyl, U.S.S.R., e bolaile batho ba ka bang 30, ea ntša batho ba likete tse sa baloeng kotsi, ea qobella batho ba 135 000 ba Soviet ho baleha. The Wall Street Journal ea tlaleha: “Boramahlale ba bangata ba bolela hore liphello tsa mahlaseli a chesang a kotsi a phefumolohiloeng ke baahi ba Soviet le Europa kamor’a kotsi ea nuclear li tla lula ka lilemo tse sa baloeng. . . . [Ba] lebelletse litlaleho tse eketsehang tsa kankere ea mali, le kankere ea matšoafo, ea sefuba le ea qoqotho.” Ho ea ka tlaleho ea Pravda, tlokotsi e bakiloe ke “ho hloka boikarabelo, bohlasoa bo tebileng ba ho hlokomoloha mosebetsi, le khaello ea taeo.”
Likotsi tse tšoanang li etsahetse le pele. Der Spiegel e bolela hore “ka makhetlo a mangata motho o phonyohile tlokotsi ka lesobana la nale.” Makasine ona oa Jeremane o boletse lipeho tse fihlileng matsohong a eona tse 48 ho feta tse 250 tse tlalehetsoeng Mokhatlo oa Machaba oa Matla a Athomo mabapi le libaka tse hlahisang matla tse kotsi, sena se etsahetse libakeng tse fapaneng, joaloka Argentina, Bulgaria, le Pakistan. Tse ngata tsa tsona, ho kopanyeletsa le ho qhibiliha, ha leqhoa ka Tlhakubele 1979 Sehlekehlekeng sa Three Mile United States, li etsahetse ka lebaka la phoso ea motho.
Batho ha ba sekamela ho etsa liphoso feela empa ba haelloa ke matla a ho laola boemo ba lintho. Ka ho tloaelehileng moea Europa bohareng o foka ho tloha bophirima ho ea bochabela, Rephapoliki e Kopaneng ea Jeremane e lokela ho mamella moea o silafetseng o hlahang Engelane, ha Rephabliki ea Puso ea Sechaba ea Jeremane le Czechoslovakia li mamella moea o silafetseng o tsoang Rephabliking e Kopaneng ea Jeremane. Empa moea o ka feto-fetoha. Ka mohlala, nakong ea kotsi ea Chernobyl, o ile oa fetoha, oa etsa hore Poland, linaha tsa Baltic, le tsa Scandinavia—ho sa buuoe ka Soviet Union—li silafalitsoe ka ho eketsehileng ke mahlaseli a chesang a kotsi ho feta likarolo tse ling tsa Europa.
Likhaello tse Kotsi Haholoanyane
Hangata batho ba haelloa ke botšepehi le kahlolo e molemo ho lekanyetsa linnete ka tšilafalo. Le hoja basireletsi ba tikoloho ba ka fetelletsa mahlakore a mabe a tšilafalo ho tšehetsa mabaka a bona, bahanyetsi ba bona ba ka ’na ba khetha mahlakore a matle feela. Ka mohlala, setsebi se seng ha se bua ka tšilafalo ea linōka, o re: “Karolo e khōlō ea Elbe, eo bofelong ba lekholo lena la lilemo e neng e nkoa e phahame har’a linoka tsa Europa ka lebaka la lihlapi tsa eona tse ngata, ke khale e shoele.” Ho builoe tlaleho e tšoanang le ka nōka ea Rhine, haholo-holo kamor’a koluoa ea Sandoz. Ka lehlakoreng le leng ’mueli oa sebaka sa mesebetsi sa lik’hemikale, o itse “esita le kamor’a kotsi ea ho qhoma ha mollo Sandoz, nōka ea Rhine e sa ntsane e le sebōpehong se setle ho feta kamoo e neng e le kateng lilemong tse leshome tse fetileng.”
Sena e ka ba ’nete hobane ka 1983 litšupiso li ne li bontša hore lekhotla la ’muso le loantšang tšilafalo le ne le atleha ntoeng ea lona le hore nōka ea Rhine e ne e khutlela boemong ba eona ka ho babatsehang. Ka Nōka ea Thames Brithani, makasine National Geographic oa tlaleha: “Lilemong tse 30 tse fetileng tšilafalo e fokolitsoe ka karolo ea 90 lekholong.” Katleho ena e bile bonolo ka baka la boiteko bo matla. Empa ho ea ka moqolotsi oa litaba Thomas Netter, sena se a haella linaheng tse ngata hobane “bomalimabe ba kamano ea batho, liphoofolo, le limela bo sa ntse bo talingoa e le bothata ba motho e mong.”
Ha ho pelaelo hore lena ke lebaka le leng le etsang hore mebuso e thatafalloe ho amohela lithibelo tsa machaba tsa tšilafalo. Ka lilemo-lemo Canada le United States li hlōlehile ho finyella tumellano leha e le efe ka ho loantša pula ea asiti. Qetellong, mehato e tsoelang pele e ile ea etsoa ka 1986. Ho tloha nakong eo, joaloka ha letona la ’muso oa Canada le bolela, “Pula ea asiti e shoele metsing joaloka lihlapi.” Le hoja ka 1987 lichaba tse 31 li lumellane ho fokotsa tlhahiso ea linyanyatsi tseo ho bonahalang li senya lesira la moea o hloekileng o re sireletsang mahlaseling a kotsi, sepheo sena se ke ke sa finyelloa ho fihlela bofelong ba lekholo lena la lilemo. Mekhatlo ea Selekane sa Khoebo ea Europa e bontšitse 1987 e le “Selemo sa Tikoloho,” ena e le pontšo ea ho eketsa tšebelisano ea machaba.
Leha ho le joalo, tsoelopele e fokolang ha feela batho ba meharo ka boomo ba silafatsa lefatše ka morero oa ho fumana chelete, kapa batho ba meharo ba ntse ba batla bophelo bo mabothobotho. Katleho e itšetlehile ho nahaneleng boikutlo ba motho e mong le ho ikemisetsa ho amohela boikarabelo. “Taolo ea tšilafalo e qala lapeng—ke kholisehile ka sena,” ho bolela letona la tikoloho la Jeremane Klaus Tōpfer. Kahoo moahi e mong le e mong o tlameha ho phetha karolo ea hae. Ka ho itokafatsa mofo a ka ’na a supa ka monoana o qosang moetapele—libaka tsa mesebetsi tsa lik’hemikale le lifektheri—empa na mofo ha a na molato haeba menoana ea hae e tšoarahane le ho silafatsa?
Bibele e profetile hore “mehleng ea bofelo” batho e tla ba “baithati, ba ratang chelete,... ba hanang ho boelanngoa le ba bang, . . . ba hloileng tsohle tse lokileng.” (2 Timothea 3:1-5, TLP) Kaha tsena ke litšobotsi tse eketsang tšilafalo, boemo bo ka ’na ba bonahala bo nyahamisa. Empa re na le lebaka la ho lumela hore mesebetsi e mebe e emeng tseleng ea lefatše le hlokang tšilafalo e tla felisoa—kapele!
[Lebokose le leqepheng la 6]
Litšitiso Tse Emeng Tseleng ea Motho ea ho Loantša Tšilafalo
◼ Khōlo e sa laoleheng ea batho
◼ Tsebo e fokolang
◼ Mefokolo ea botho
◼ Ho hlōleha ho laola lintho tse bakang
tšilafalo
◼ Ho hlokomoloha ka boithati boiketlo ba ba bang
[Chate/’Mapa leqepheng la 7]
(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)
Litone Tsa Lichefu Tse Kotsi Tseo ho Lekanyetsoang Hore li sa Tsoa Hlahisoa Selemong se le Seng
Finland 87 000
Norway 120 000
Sweden 550 000
Netherlands 280 000
Brithani 1 500 000
R. K. ea Jeremane 4 892 000
Switzerland 100 000
Fora 2 000 000