Lintho Tse Nyenyane Na U li Nka e le Tsa Bohlokoa?
“LINTHO tse nyenyane li bolela ho hongata.” Ao ke mantsoe a pina e tsebahalang. Moruti ea bohlale ka ho fetisisa lefatšeng o kile a hlokomela: “Ea leng khabane ho tse nyenyane, le ho tse khōlō o tla ba khabane.”—Luka 16:10.
Lintho tse nyenyane e ka ba tsa bohlokoa bo boholo. Ha e le hantle, lefatše le entsoe ka lintho tse ngata tse nyenyane. Leha ho le joalo, hangata re ka sekamela ho li hlokomoloha ka baka la bonyenyane ba tsona.
Lintho tse Nyenyane tsa Bohlokoa
Ntho e ’ngoe e nyenyane, eo ntle ho eona re neng re ke ke ra eba teng ke lehe le nontšitsoeng la motho. Russell Colman, moenjinere oa Australia o bitsitse nucleus ea lehe “mochine o bohlale haholo bokahohleng bo tsejoang, mochine o fetolelang thepa e esong ho sebetsoe ho ba batho ba rarahaneng le ba bohlale.”
’Mele ea rōna e entsoe ka lisele tse nyenyane tse libillione tse 100. DNA e ka har’a sele e ’ngoe le e ’ngoe e na le litaelo tseo haeba li ne li ngoloa li neng li ka tlatsa maqephe a liketekete a libuka!
Ho thoe’ng ka athomo e nyenyane, eo ho neng ho nahanoa hore ha e bonahale? Setene sena se senyenyane se hlalositsoe e le se senyenyane ka ho fetisisa ’me se boloka boemo ba sona ba k’hemikale. Setsi sa eona se senyenyane se bitsoang nucleus se pota-potiloe ke lielectron tse nyenyane haholo, hoo athomo ka boeona e nkang sebaka sa karolo ea 99, 9999 999 999 999 lekholong!
Ha li bapisoa le bokahohle bo tsejoang, batho ba banyenyane haholo. Ka mohlala, ha re nahana polanete ea rōna Lefatše e nyenyane ka boima ka makhetlo a 333 000 ho letsatsi la rōna, leo le mpang le lekana le kakaretso ea naleli e le ’ngoe ea sehlopha sa linaleli tse limillione tse likete tse sa tsejoeng, na ha re hopotsoe bonyenyane ba rōna?
Leha ho le joalo, esita le nako ha e fele, e aroloa ka likarolo tse nyenyane. Metsotsoana e menyenyane e etsa metsotsoana, metsotsoana ha e ntse e feta e etsa metsotso, metsotso e etsa lihora, ho fetela nakong e sa tsejoeng, kapa e sa feleng. Lipapaling, esita le karoloana ea motsotsoana e etsa phapang mahareng a ho hlōloa kapa ho hlōla.
Thabo e Fumanehang Linthong tse Nyenyane
Har’a metsoalle, lintho tse nyenyane ke tsa bohlokoa hobane li kopanya likamano tsa ka ho sa feleng. Lenyalong, hangata ke lintho tse nyenyane—mantsoe a monate, ho bososela, kapa liketso—tse bolelang ho hongata ho boloka botsoalle e le bo mofuthu le bo tsotellehang. ’Me, ho fapana le moo, ho lebala “lintho tse nyenyane” tse joalo ho ka eketseha, esita le ho baka mathata a maholo, a ka senyang lenyalo.
Tumelo le botšepehi, tseo ka botsona e leng litšobotsi tsa bohlokoa, hangata li bontšoa ka litsela tse nyenyane. Leha ho le joalo, nahana ka meputso e meholo, khotsofalo, le thabo eo lintho tsena tse nyenyane li ka e tlisang.
E, leha ho le joalo, hangata bohlokoa bo boholo bo amahangoa le lintho tse nyenyane. Ha e le hantle, ebang ntho e khōlō kapa e nyenyane hoo ha se phetho ’me ho lekanngoa ke motho ea tla bapisa ntho eo. Leha ho le joalo, ebang ke mantsoe a lerato, litšobotsi tsa botho ba rōna, kapa lintho tse nyenyane tse tšehetsang bophelo, ho batho ba ananelang, ‘lintho tse nyenyane li hlile li bolela ho hongata.’
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Mantsoe a manyenyane ao e leng a bohlokoa