“Ha ke Tšabe Lefu!”
CHRISTOPHER HESLOP ea lilemo li robong, le ngoan’abo’ Mattheu ea lilemo li 14, ke ba bang ba Lipaki tsa Jehova. Ba ile ba hlola hoseng ho hong ha Mphalane le rangoane oa bona, rakhali, le bo-motsoala ba babeli, ba etsa tšebeletso ea bona ea Bokreste ea ho ea ka ntlo le ntlo haufi le Manchester, Engelane. Thapama, ba ile ba tsamaea hammoho leetong le thabisang la ho ea Blackpool, haufi le lebōpo la leoatle. Ka botšelela ba bona ba bile har’a batho ba 12 ba ileng ba bolaoa hang kotsing ea koloi, eo mapolesa a e hlalositseng e le “koluoa e khōlō.”
Bosiung ba pele koluoa ena, lefu e ne e le sehlooho sa puisano thutong ea Bibele eo lelapa la Heslop le neng le le ho eona. “Christopher e ne e le moshanyana ea bohlale. Bosiung boo, o buile ka ho hlakileng ka lefatše le lecha le tšepo ea hae ea bokamoso. Joale, ha puisano ea rōna e ntse e tsoela pele, hang feela Christopher o ile a re: ‘Ntho e ’ngoe ka ho ba e mong oa Lipaki tsa Jehova ke hore le hoja lefu le utloisa bohloko, rea tseba hore re tla bonana hape lefatšeng ka letsatsi le leng.’ Ha ho lea mong oa rōna ea neng a le teng ea ileng a elelloa kamoo mantsoe ao a neng a tla hopoleha kateng,” ho boletse David, ntat’a moshanyana.
Kamor’a kotsi, sehlooho sa koranta ea Manchester Evening News se ile sa baleha: “Ha ke tšabe lefu, ho boletse ngoana kotsing,” ’me sehlooho se qotsitse mantsoe a builoeng ke Christopher. Ke joang ngoana ea lilemo tse robong a ka buang ka sebete se joalo? Ke eng seo Christopher a neng a rutiloe ho se lumela?
Tsoho—Tšepo ea Sebele
“Tšobotsi e makatsang ea boboleli ba Bokreste ba pele e bile ho hatisa ha bona taba ea tsoho,” ho bolela New Bible Dictionary. Ea phaella: “Baboleli ba pele ba ne ba kholisehile hore Kreste o tsohile, ’me ka ho tiileng, ba ne ba lumela hore nakong e loketseng ba tla tsoha. Sena se ba entse ba fapaneng le baruti ba bang ba lefatše la boholo-holo.”
Le Bakreste ba ’nete ba fapane joalo kajeno. Ha ba amohele filosofi ea Magerike, eo ka bohata e bontšang hore motho o na le “moea o sa shoeng.” Ho ena le hoo, ba fumana matla tšepisong ea Jesu ea hore ‘ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la hae; ’me ba tla tsoa ho oona.’ Oo ke motheo oa tumelo ea Bokreste—tsoho ea ba leng khopolong ea Molimo ho tloha lefung ho ea bophelong paradeiseng lefatšeng.—Johanne 5:28, 29, bapisa NW; bona hape Liketso 17:31; 1 Ba-Korinthe 15:14.
David Heslop le mosali oa hae, Ailene, ba rutile bara ba bona ba babeli linnete tsena tsa motheo tsa Bibele ’me, ka lebaka leo, ba iphumanela matšeliso a maholo. “Joale re nahana ka tsoho haholo,” ho bolela David,” ’me ha re ikutloa re nyahame, joaloka ha ho etsahala nako le nako, re phakisa ho nahana ka bokamoso ’me re bona tahlehelo ea rōna e le ea nakoana.” Ailene oa phaella: “Ho tšoana le ha ho hlaha motho e mong eo u mo ratang. Ha u tsebe hore ba tla ba sieo nako e kae empa u talimile ho ba bona ba khutla hape.”
Memo e Tšepahalang
Na u rata ho abeloa tumelo e joalo? Ha ho boima ho etsa joalo.
Sehlooho sa rōna se qalang se buile ka tlhahlobo eo haufinyane e entsoeng Engelane. Ka ho thahasellisang, ha batho ba sa tsamaeeng kereke ba botsoa ka hore na ke sebaka sefe sa borapeli seo ba ka khethang ho ea ho sona, karolo ea 27 lekholong (lenane le leholo) e khethile Holo ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova.
Ho feta moo, ha ba arabela potso: “Haeba ka botšepehi u batla ho tseba ho itseng ka Bibele, Tumelo ea Bokreste, j.j., u tla botsa mang?” Karolo ea 19 lekholong e arabetse: Lipaki tsa Jehova.
Hohle moo u phelang teng, Lipaki tsa Jehova li tla thabela ho u thusa ho haha tumelo ea hao lithutong tse fumanoang ka Bibeleng ea hao. Liboka tsohle Liholong tsa tsona tsa ’Muso le thuto ea lehae ea Bibele ha li lefelloe. Ke hobane’ng ha u sa qale pele ho ba atamela? U ke ke ua fumana matšeliso ka tsebo ea lefu le tsoho feela, empa hape ka lefatše le lecha la ho loka moo ‘lefu le ke keng la hlōla le eba teng.’—Tšenolo 21:4.
[Lebokose le leqepheng la 25]
Ho Khutla Lefung?
Hoa tsebahala hore batho hoba “pelo le matšoafo li emise” ba ka phelisoa. Ha ba hlaphoheloa, ba bang ba bolela hore ba bile le liphihlelo tse sa tloaelehang tsa ‘bophelo bo bong.’ Leha ho le joalo, ho na le tlhaloso ea bongaka ka sena. Koranta ea Engelane “The Independent” ea bolela: “Ho bonahala hore lipono tsena tsa bohata li etsahala ha batho ba le lintšing tsa lefu hobane likarolo tsa boko li susumetsoa ke moea o mongata oa “carbon dioxide” kapa “oxygen” e fokolang maling.” Ha ba hlaphoheloa, lintho tsena li fana ka boikutlo ba hore motho o ne a shoele ’me o khutletse bophelong.