Bacha Baa Botsa . . .
Nka Hlōla Maikutlo a Leeme la Morabe Joang?
Bafuputsi Sydney, Australia, ba ile ba romela lethathamo la lipotso tse batlang boitsebiso ba botho sehlopheng sa bana ba merabe e fapaneng, ba lilemo li 9-13, le ba lumellang ho hlalosa maikutlo a bona mabapi le batho ba merabe e meng. Le hoja bana ba bang ba basoeu ba Australia ba bontšitse leeme merabeng e se nang lentsoe le matla pusong, “bana ba tsoang merabeng eohle ba senotse boikutlo ba leeme la merabe e meng, joaloka bana ba Australia, ’me bo ne bo le matla.”—“The Journal of Psychology.”
BACHA ha ba sireletseha hore ba se angoe ke leeme la morabe. Lucy ea lilemo li 17, o re, “Sekolong sa rōna, boholo ba bana ba basoeu nakong ea lijo tsa motšehare ba jella ka tlung e ’ngoe ’me bana bohle ba batšo ba jella ka tlung e ’ngoe.”
Maikutlo a hao ke afe ka batho ba merabe e meng? Le hoja pelong ea hao u ka tseba hore leeme la morabe ke booatla, ke ho hloka toka, ke ho se nang thuso, u ka ’na oa ba le maikutlo a ferekaneng. Joaloka ha bafuputsi Jane Norman le Myron W. Harris, Ph.D., ba hlokometse: “Lenane le leholo la . . . bana ba basoeu le ba batšo le lumela hore ha le rate leeme. Empa ha ba phutholohile hangata ha ba tšepane. Ba boetse ba hlokometse hore metsoalle le batsoali ha ba rate ha ba hlaolela likamano tse haufi le batho ba merabe e meng.” Likhatello tse tšoanang tsa leeme la morabe li teng linaheng tse ngata.
Ho se phutholohe har’a litho tsa merabe e meng ho ka boela ha khathatsa bacha ba Bakreste ba rutiloeng hore leeme la morabe le fosahetse. Ba ka ’na ba phela libakeng tseo ho tsona ho kopana le batho ba merabe e meng ho fokolang haholo kapa moo boikutlo ba leeme bo phahameng haholo. Leha ho le joalo, khopolo ea maikutlo a leeme la morabe e simollotse kae?
Litholoana tsa Leeme la Morabe
Leeme le bolela ho ahlola e sa le pele. Kahoo ea ahloloang pele o ahlola ba bang ntle ho mabaka. O fihlela qeto ea hore setho sefe kapa sefe sa morabe o mong se na le litšobotsi tse ling tse sa lakatseheng, litloaelo, kapa mekhoa. O ntšetsa pele leeme lena ho ntse ho e-na le mabaka a hlakileng a hore likhopolo tsena lia loantšana. Ka mohlala, haeba a lumela hore litho tsohle tsa sechaba se itseng li ‘botsoa’ kapa ‘ha li bohlale.’ Ha a tobane le e mong oa sechaba seo ea mahlaha-hlaha mosebetsing—kapa ea bohlale—o fihlela qeto ea hore motho ea joalo e lokela hore ebe ke “mokhelo”. Ka masoabi, o iphoufaletsa litšobotsi tsa motho ka mong.
Leha ho le joalo, leeme la morabe ha se ntho eo motho a tsoaloang a e-na le eona. The Encyclopedia of Human Behavior e re: “Liphuputso tse entsoeng lefatšeng li bontšitse hore bana ba bapala ntle ho leeme le litho tsa merabe e meng, ’me ha ba elelloe liphapang tsa ’mele tse bonahalang kapa ba ba amohela ba le joalo.” Encyclopedia e tsoela pele: “Leeme . .. ka ho feletseng lea rutoa, ’me le fumanoa haholo-holo ka ho kopana le batho ba bang.” Batsoali, matichere, le lithaka ho bonahala e le kofuto e sebelisoang bakeng sa ho fetisa likhopolo tsa leeme. Ka linako tse ling, phihlelo tse sa thabiseng le litho tsa morabe o mong hangata li sebeletsa ho matlafatsa leeme lena.
Ka lebaka leo, ba bangata ba rōna re sa ikemisetsa re thonakile maikutlo le lipono tse leeme. ’Me hangata ho hlokahala patlisiso ea sebele ho motho ea tšepahalang ho tobana le maikutlo a hae tabeng ena. Ka mohlala, u ka ’na ua ba le metsoalle ea merabe e meng. Na u bua hampe, u bua lipuo tse nang le motheo oa leeme ha ba le sieo? Ha u qoqa le metsoalle ena, na u etelletsa pele taba ea leeme, mohlomong ka linako tsohle u bue ka phapang ea merabe kapa ka ho etsa mesoaso e mebe e nyenyefatsang? Buka The Nature of Prejudice ea hlokomela: “Le hoja mesoaso e bonahala e le ea botsoalle ka linako tse ling e ka koahela lehloeo la sebele.” Ho feta moo, na u ikutloa hampe e bile u sa lokoloha ha u bonoa u le har’a metsoalle ea morabe o mong? Na u nahana feela hore litho tsa morabe o mong li na le litalenta tse ling tse ntle—kapa mefokolo?
“Ke ne ke ikutloa ke ikhalefetse ka ho ba le maikutlo a joalo, empa ho bonahala ke sitoa ho hlōla maikutlo a joalo,” ho tletlebile mocha e mong eo ka botšepehi a ileng a talimana le leeme la hae.
Pono ea Molimo ka Merabe e Meng
Leha ho le joalo, ho lumela bothata bona ke mohato o moholo oa ho sebetsana le bona. O boetse o thusa ho nahana kamoo Molimo u talimang batho ba merabe e meng. Ka mohlala, nahana ka boemo bo ileng ba tsoela pele morao lekholong la pele la lilemo. Maikutlo a leeme la morabe a neng a salletse mahareng a Bajode le Balichaba a ile a tšoenya phutheho ea Bokreste. Ka lekhetlo le leng moapostola Petrose o ile a ineela khatellong ea lithaka “a sutha ka santhao, ’me a ikhetha” ho Bakreste ba Balichaba, a ba a hana le ho ja le bona! Ha moapostola Pauluse a utloela ka sena, ha a ka a qenehela Petrose. Ho e-na le hoo, a “mo hanyetsa mahlong, hobane a ne a tšoaneloa ke ho nyatsuoa.” Leeme la morabe le ne le sa lokela ho lumelloa har’a Bakreste! Mantsoe a Pauluse a re “Molimo ha o ee ka tšobotsi ea motho.”—Ba-Galata 2:6, 11-14.
Liketso 10:34, 35 e eketsa hore “Molimo ha o ee ka tšobotsi ea batho. Empa hara lichaba tsohle ea o tšabang le ea etsang ho lokileng, ke eena ea o khahlisang.” Ke ’nete, batho ba morabe o mong ba ka ’na ba ba le ’mala o fapaneng oa letlalo, litšobotsi tse fapaneng tsa sefahleho, kapa mofuta oa moriri o fapaneng le oa hao. Empa ka ha Molimo “o entse mefuta eohle ka mali a le mang,” ntho e hlollang har’a merabe e fapaneng ke mosebetsi oa Molimo! (Liketso 17:26) Ho feta moo, Molimo ha u nyatse mefuta eohle ea lijo, ’mino, mokhoa ea ho apara, lipuo, le mekhoa e sa tšoaneng ea merabe e meng. Kahoo, ha Pauluse a ne a sebetsa har’a batho bao e neng e se Bajode, ha a ka a nyatsa mekhoa ea bona, le hoja ntle ho pelaelo e mengata ea eona e ne e sa lumellane le ea Sejode le eo a hōlisitsoeng ka eona. Pauluse o re: “Ho ba seng ka tlas’a molao [bao e seng Bajode] ke ikentse ea seng ka tlas’a molao, [ka ho hlonepha mekhoa ea bona].”—1 Ba-Korinthe 9:21.
Kahoo, motho ea patileng lehloeo kapa ea somang batho ba merabe e meng ha a khahlise Molimo!
Ho Hlōla Maikutlo Ao
Ho sa le joalo, ho felisa maikutlo a joalo a nako e telele ha ho bonolo. Ho phetlela motsoalle ea haufi-ufi kapa motsoali sefuba ho ka thusa. Ho ka boela ha thusa ho latela keletso ea Bibele ea ‘ho atolosa’ litšebelisano tsa hao le ba bang. (2 Ba-Korinthe 6:12, 13, NW) Haeba ho ka etsahala, u se ke ua lekanyetsa botsoalle ba hao ho batho ba morabe oa heno, semelo le bochaba. The Encyclopedia of Human Behavior e re: “Ho kopana le ho buisana ho nolofalletsa batho ka bo mong ho tsebana le ho ananelana, ’me hangata ho fetola boikutlo ba bona ka batho ba bang.”
Mohlankana ea bitsoang Chris, ea neng a lula toropong eo boholo ba baahi e leng ba basoeu, o ile a hlokomela sena. O re, “Ha kea hōlisoa ho ba le leeme la morabe. Empa ha ke fihla sekolong se phahameng, ka linako tsohle bana ba batšo ba ne ba tloaetse ho ntloka. Ke ile ka hōlisa boikutlo ba hore e ne e le batho ba likhathatso. Ke ile ka ba tšaba. ’Me ka ha karolo ea toropo eo ba neng ba lula ho eona e ne e hlile e le bohlasoa, ke ile ka fihlela qeto ea hore batho ba batšo kaofela ba botsoa.”
Leha ho le joalo, Chris o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Ka ho ithuta pono ea Molimo tabeng ena, pono ea hae ka batho ba batšo e ile ea qala ho fetoha. Hamorao Chris o ile a qala ho sebeletsa ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki tsa Jehova e Brooklyn, New York, ’me o ile a abeloa phuthehong ea batho ba merabe e fapaneng. “Ke ne ke tobane le bothata joale. Empa ke ile ka qala ho etela mahae a bona esita le ho ja le bona.” Phello ea sena e bile e ntle. “Ke ile ka qala ho elelloa hore ba tšoana le motho e mong le e mong.”
E, ka har’a phutheho ea Bokreste ho na le batho ba “mefuta eohle, le ba meloko eohle, le ba lichaba tsohle, le ba lipuo tsohle.” (Tšenolo 7:9, TLP) Tseba ba bang ba bona. Hlokomela kamoo, ho sa tsotellehe semelo se fapaneng seo ba tsoang ho sona, ba tsebang ho sebetsa ka ho kopaneng ka tsela e thabisang Molimo. Khaotsa ho talima batho joaloka litho tsa lihlopha tse ling; ba tsebe joaloka motho ka bomong, ‘e mong le e mong a ke a leke mesebetsi eo e leng ea hae.’ (Ba-Galata 6:4) Itsebe ’me u sebelise molao o moholo: “Ka mehla tšoara ba bang ka tsela eo u neng u tla rata ho tšoaroa ka eona.” (Mattheu 7:12, The Jerusalem Bible) Haeba maikutlo a boiphahamiso a fihla ka hare ho uena, ka thapelo le ka ho sebelisa keletso ea Bibele ea ‘ho lekanya eka ba bang ba u fetisa.’—Ba-Fillipi 2:3.
Ho hlakile hore, lipono tsa hao tse mpe ha lia ka tsa hōla ka letsatsi, le bosiu bo le bong, ’me ho a bonahala hore li ke ke tsa fela ka letsatsi. Empa ha nako e ntse e tsamaea, ka boikitlaetso bo matla, hammoho le mamello, maikutlo a leeme la morabe a ka hloloa.
[Lebokose le leqepheng la 19]
Na Moloko o Motšo o Rohakiloe?
Ba bang ba lekile ho lokafatsa leeme la bona la morabe ka ho bolela hore Molimo o rohakile batho ba batšo. Leha ho joalo, ha ho thohako e joalo e tlalehiloeng ka Bibeleng. Ke ’nete, Genese 9:25 e re: “Ho rohakoe Kanana; e tla ba mohlanka oa bahlanka ba banab’abo.” Leha ho le joalo, temana e atisang ho baloa hangata ha e bolele letho ka ’mala oa letlalo. Ho feta moo, ka ho hlakileng moloko o motšo ke litloholo tsa moena oa Kanana ea bitsoang Kushe. (Genese 10:6, 7; bona mongolo o botlaseng ba leqephe ho “New World Translation Reference Bible” bakeng sa Esaia 43:3 moo lebitso la Kushe le sebelisoang bakeng sa ho supa naha ea Afrika ea Ethiopia.) Ka ho hlakileng litloholo tsa Kanana li ne li e-na le lebala le khanyang—e seng le letšo.