Bacha Baa Botsa. . .
Ke Hobane’ng ha ba Bang ba sa Rate ho Ithuta?
KAMEHLA Joan o ne a sebetsa hantle sekolong. O ne a thahasella ho ithuta ’me o ne a amehile ka ho tebileng lithutong tsa hae. Empa ha lelapa labo le fallela sebakeng se seng, Joan o ile a etsa metsoalle e mecha e neng e sa rate ho bala le ho etsa mosebetsi oa sekolo.
Joan o re, “Ba ne ba le motlōtlō ka ho feta litlhahlobo tsa bona habonolo feela le hoja ho ne ho sa hlokahale hore ba bale. Ba ne ba phoqa bana ba neng ba bala ’me ba fumana matšoao a matle lithutong tsa sekolo.” Ka lebaka la khatello, Joan o ile a lumella hore mosebetsi oa hae oa sekolo o fokole. Oa lumela, “Ke ne ke sa rate hore le ea mong oa bona a nahane hore ke leka ho ba ea molemo ho ba feta. Ka nako eo, botebong kahare ho ’na, ke ne ke tseba hore ke intša kotsi, empa ke ne ke tšaba ho lahleheloa ke botsoalle ba bona.”
Tlaleho ena, e boletsoeng tokollong ea makasine oa ’Teen oa August 1983, ha se mokhelo. Ngoanana oa Europa ea bitsoang Ana Paula o hopola kamoo le eena a ileng a nyahamisoa ho ithuta, empa e seng ka tsela e bohlajana joalo. O re: “Ka linako tse ling ba sa rateng ho ithuta ba hlasela ea arabelang lipotso tsa tichere, ba mo tšosa kapa ba hle ba otle seithuti se molemo bakeng sa ho etsa ntho e lokileng!” Leha ho le joalo, lehloeo lena hase kamehla le lebisitsoeng ho liithuti feela. Ana Paula o tsoela pele: “Ka nako e ’ngoe ngoanana o hlile a otla tichere ka setebele ka pel’a sehlopha sa bana ba sekolo.”
Likolo Libaka Tseo ho Leng Thata ho Ithuta ho Tsona
Ho Today’s Education, Kenneth A. Erickson o tšosoa ke lenane la “liithuti tse hanang ho etsa mosebetsi, tse sebelisang mahlapa kapa puo e litšila, tse tšosang lithaka tsa tsona ka ho li ntša kotsi ’meleng, litšoso tsa bohata, ho nka libetsa tse phuthetsoeng, le ho letsa thelefono ba tšosa ka ho phatloha ha bomo, le ho rohaka liithuti le matichere.” Erickson oa phethela: “Liithuti tse tletseng morusu li thibela liithuti tokelo ea tsona ea boemo ba thuto bo lokileng bakeng sa ho ithuta. . .. Kajeno matla a likolo a ho ruta a sentsoe.”
Ka ho tšoanang mongoli Vance Packard oa tlaleha: “Keketseho e akaretsang ea lerata ke phetoho e bonahalang haholo ea se etsahetseng likolong tsa rōna, haholo likolong tsa litoropo, lilemong tse mashome a mabeli tse fetileng. Matichere a mangata a tlaleha hore pefo, ho se utloe ha bana ba bangata, kapa manganga ka klaseng ke mathata. . . . Hammoho le ho senya thepa ea sekolo ho na le liithuti tse ngata tse rekisetsang liithuti ’moho le tsona lithethefatsi.” Ba bangata ba lumela hore lithethefatsi tse sa lumelloang, joalo ka matekoane, li tlatsetsa haholo ho feleng ha takatso ea ho ithuta ha liithuti.
Leha ho le joalo, mohlomong uena u thahasella ho fumana ho hongata kamoo ho ka etsahalang sekolong empa leha ho le joalo u iphumana u likanyelitsoe ke lithaka tsa hao tse u somang ka baka la ho fumana matšoao a matle lithutong ’me ebile li etsa sohle se matleng a tsona ho sitisa lipuisano tsa sehlopha. U ka ’na ua ipotsa, ‘Ke hobane’ng ha ba sa rate ho ithuta?’ E, ke hobane’ng ha ho na le boikutlo bo monyebe—esita le lehloeo—mabapi le ho ithuta? Na ho na le seo u ka se etsang ka taba ee?
Lerata ka Sekolong
Borabele ba bacha mabapi le sekolo ke letšoao le leng hape la moea, kapa boikutlo ba kelello, bo aparetseng lefatše lohle. (Ba-Efese 2:2) Kahoo ho tletse ho hloka hlonepho ha bolaoli bohle. Nakong ea bocha, bacha ba bangata ka ho khethehileng ba tšoaetsoa habonolo ke moea ’ona oa borabele. Morupeli James Marshall o bolela hore: “Nako ena e fetohile ea lehloeo.” Ka hobane sekolo se bonahala se sitisa takatso e hōlang ea boipuso, bacha ba bang ba ikutloa ba “amohiloe matla bophelong bona. Ba iphetetsa. Ha se ho makatsang hore sehlopha sena se na le lenane le phahameng ka ho fetisisa la bonokoane sekolong joaloka ho senya thepa ea sekolo.”—The Devil in the Classroom.
Moeletsi oa nako e telele oa sekolo Motseng oa New York o bolelletse Tsoha!: “Ho tloha lilemong tse 11 ho fihlela ho tse 13, ho bonahala bacha ba bangata ba felloa ke kelello. Ba ka itšoara ka tsela e sa nahaneng kahobane ba sa ntse ba leka ho laola seo menahano le maikutlo a bona li bakoang ke ’mele ea bona e fetohang kapele.”
Joale, ke hobane’ng ha likolo li sa laee bacha bao ho bonahalang ba hana ho busoa? Hangata sena ha se bonolo. Ka mohlala, United States, ka ho eketsehang makhotla a nkile pono e lerootho haholo ka ho itšunya “litokelong” tsa liithuti. Kahoo likolo li fana ka taeo li ntse li ipeile kotsing. Ka lebaka leo, hangata morusu ka sekolong o tsoela pele ka ho sa hlokomeloeng.
Litšekamelo tsa Joale tsa Sechaba
Thahasello e theohang ea ho ithuta e boetse e hlahisoa ke ‘pono ea lefatše e fetohang.’ (1 Ba-Korinthe 7:31, NW) Ka lebaka la manane a tlhalo a eketsehang le manane a bana ba matšeho, bacha ba bangata ba hōlisoa lelapeng la motsoali a le mong. Ho feta moo, batsoali ba bangata baa sebetsa. Phello ea litšekamelo tsee tsa sechaba tsa lefatše lohle ke efe? Ho senyeha ha bophelo ba lelapa le taeo ea lapeng, kamoo ho bolelang litsebi tse ngata.
Moeletsi e mong oa sekolo o boleletse Tsoha!: “Ho na le malapa a mangata a busoang ke bo-’mè ’me bana ba bona le ho utloa pefo e eketsehang lapeng. Ho ka lebelloa hore lintho tsena li bonahatsoe liklaseng.” Bangoli ba To Save Our Schools, To Save Our Children ba re: “Ho kōptjoa likolo ho kenyelletsa bolaoli le taeo baneng ba se nang bolaoli le taeo.” Kahoo ke ho utloahalang hore na ke hobane’ng ha metsoalle ea hao ea sekolo e mengata e ka ’na ea rabela khahlanong le khopolo ea ho lauoa sekolong.
Leha ho le joalo, mohlomong ho bonahalang e le boikutlo bo monyebe ho liithuti ’moho le uena ke hobane li khathetse ke sekolo! Sehlooho koranteng ea Educational Leadership se bua ka “lenane le leholo le eketsehang la bacha ba sebetsang. . . . Ha se feela hore bacha ba bangata ba sebetsa, empa hona joale ba sebetsa lihora tse eketsehileng.” Eaba joale sehlooho se supa patlisisong e “fumaneng hore ho sebetsa ho lebisa mosebetsing o fokolang oa sekolo ’me ho fokotsa ho ameha ha bacha sekolong.”
Ke hobane’ng ha bacha ba bangata hakana ba iqeta matla ka mesebetsi e etsoang kamor’a sekolo? Ka linako tse ling e ka ’na eaba ka mabaka a chelete. Leha ho le joalo, sehlooho se tsoela pele hore: “Bacha ba bangata ba ikutloa hore ba tlameha ho bokella lintho tse ngata joaloka lithaka tsa bona, e leng ho ba qobellang ho sebetsa.” Empa ha ba sa atlehe, ho pakahatsa bonnete ba mantsoe a ho 1 Timothea 6:10, NW: “Hobane lerato la chelete ke motso oa lintho tsa mefuta eohle tse kotsi.”
Liithuti tse Nyahameng, Matichere a Nyahamisang
Leha ho le joalo, na ebe mohlomong liithuti li nyahame hobane matichere a tsona a nyahamisa? Moeletsi e mong oa thuto o itse: “Hang-hang tichere e se nang boiphihlelo e hlokofatsoa ke bana ka klaseng. Ha ba phutholohe ’me ha ba mamele, ba ba manganga ka boomo, ’me hangata ba etsa lerata ebile ke ba sa laoleheng.” Ka lehlakoreng le leng, phuputso ea United States ea bacha ba 160 000 e lumela hore “ke ka seoelo morupeli ea nang le thahasello a nang le mathata a taeo.”
Ka ho lumellehang, hangata matichere a tšoanelehang le a nang le thahasello a haella. Empa ka botšepehi matichere a mangata a lokela ho sebetsa tlas’a maemo a thata ka ho fetisisa. Ba bang ba ferekanngoa ke tsamaiso ea puso e khomaretseng melao e kena-kenanang le litaba tsa sekolo. Tichere e ’ngoe ea Motse oa New York e tletlebile ho mongolli oa Tsoha!: “Ho na le mosebetsi o mongata oa libuka.” Le hoja ‘ea sebetsang a tšoaneloa ke moputso oa hae,’ matichere a mangata a ikutloa hore ha a lefuoe ka ho lekaneng bakeng sa litšebeletso tsa ’ona. (1 Timothea 5:18) Ho feta moo, matichere le ’ona ke batho joalo ka mang le mang. Na bana ba nyahameng—kapa ba tsohileng ha ba fokolise cheseho ea seithuti se seng le se seng?
Leha ho le joalo, ka mabaka a fapaneng, sekolo se nyahamisa bacha. Kahoo ha u hlile u le e mong ea thabelang ho ithuta, ba bang ba ka ’na ba u talima joaloka ea ikhethang ka ho sa tloaelehang. Kaha ‘motho ea bohlale a hlouoa,’ u ka ’na ua utloa lehloeo le tsoang ho lithaka tsa hao tse fumanang matšoao a fokolang lithutong. (Liproverbia 14:17) Ba ka ’na ba u soma hobane u ithuta kapa ba leka ho fokolisa boiteko ba hao ba ho tsitsisa mohopolo ka klaseng.
Joale u lokela ho etsa joang? Ka ho hlakileng u ka etsa ho fokolang feela ho fetola boikutlo ba bona mabapi le ho ithuta. ’Me ho lumella lithuto tsa hao ho fokola ka lebaka la ho thabisa lithaka tsa hao ho tla fokolisa lebaka la hore u be sekolong—e leng ho ithuta! U lokela ho nka monyetla ona e le oa bohlokoa. Leha ho le joalo, ke joang u ka ithutang leha ba bang ba sa rate? Eo e tla ba ntho eo re tla buisana ka eona sehloohong se latelang.
[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 15]
“Ka kakaretso lerata le eketsehang ke phetoho e bonahalang ka ho hlakileng e etsahalang likolong tsa rōna, haholo-holo likolong tsa litoropong, lilemong tse 20 tse fetileng. Matichere a mangata a tlaleha hore pefo, ho se utloe ha ba bangata, kapa manganga ka klaseng ke mathata.—“Our Endangered Children,” ka Vance Packard.